Thuto 52
Keletso e Atlehang
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Susumelletsa ba bang ketsong ka ho beha mabaka ka mokhoa o kholisang kapa ka ho fana ka keletso e tsoang mohloling o tšepahalang. Sena se hloka hore u bue ka cheseho.
Ke Hobane’ng ha e le ea Bohlokoa?
Keletso e atlehang e etsa hore ba bang ba bone bohlokoa ba ho latela tsela ea ho etsa lintho e amoheloang ke Jehova.
BAHOLO ba Bakreste ba lokela ho ba le bokhoni ba ho “eletsa ka thuto e phelisang hantle.” (Tite 1:9) Ka linako tse ling sena se lokela ho etsoa ho sa tsotellehe mathata a boima ka ho fetisisa. Ke habohlokoa ho fana ka keletso e lumellanang le melao e tataisang ea Mangolo. Kahoo, baholo ba lokela ho ela hloko keletso e reng: “U tsoele pele ho ikitlaetsa . . . ho eletseng.” (1 Tim. 4:13) Le hoja puisano ea rōna mona e lebisitsoe ho baholo ka ho khetheha kapa ho ba hahamallang tokelo ena, ka linako tse ling ho ee ho hlokahale hore batsoali ba eletse bana ba bona kapa hore ba khannang lithuto tsa lehae tsa Bibele ba eletse liithuti tsa bona tsa Bibele. Maemong a joalo, ho tla sebetsa lintlha tse tšoanang tse tataisang.
Maemo ao e Hlokahalang ho ’Ona. Ho fumana hantle hore na keletso e hlokahala neng, ho molemo ho hlahloba maemo a tlalehiloeng ka Bibeleng ao ho ileng ha fanoa ka keletso ho ’ona. Moapostola Petrose o ile a eletsa baholo hore ba ele hloko boikarabelo ba bona joaloka balisa ba mohlape oa Molimo. (1 Pet. 5:1, 2) Pauluse o ile a lemosa Tite hore a eletse banna ba bacha hore “ba hlaphoheloe kelellong.” (Tite 2:6) Pauluse o ile a phehella Bakreste-’moho le eena hore ba “bue ka tumellano” ’me ba qobe ba neng ba batla ho baka likarohano har’a barab’abo rōna. (1 Bakor. 1:10; Bar. 16:17; Bafil. 4:2) Le hoja Pauluse a ile a babatsa litho tsa phutheho e Thesalonika ka lintho tse molemo tseo li neng li li etsa, o ile a li eletsa hore li sebelise ka botlalo thuto eo li ileng tsa e amohela. (1 Bathes. 4:1, 10) Petrose o ile a kōpa Bakreste-’moho le eena hore ba “’ne [ba] ile litakatso tsa nama.” (1 Pet. 2:11) Juda o ile a eletsa barab’abo hore ba “loane ntoa e thata bakeng sa tumelo” ka lebaka la tšusumetso ea batho ba sa tšabeng Molimo ba neng ba ineheletse boitšoaro bo hlephileng. (Juda 3, 4) Bakreste ka kakaretso ba ile ba khothalletsoa hore ba eletsane e le hore ho se ke ha e-ba le ea thatafatsoang ke matla a thetsang a sebe. (Baheb. 3:13) Petrose o ile a eletsa Bajuda ba neng ba e-s’o lumele ho Kreste a re: “Pholohang molokong ona o khopameng.”—Lik. 2:40.
Ho hlokahala litšoaneleho life ho etsa boipiletso bo matla maemong a joalo? Ea fanang ka keletso a ka etsa joang hore boipiletso ba hae bo be matla ntle le ho ba ea hatellang kapa ea bohale?
“Motheong oa Lerato.” Haeba keletso ea rōna e sa fanoe “motheong oa lerato,” e ka ’na ea utloahala e le bohale. (Fil. 9) Ke ’nete hore ha ho hlokahala hore ho nkoe khato kapele, nehelano ea sebui e lokela ho bontša ho teba ha boemo boo. Ho bua ka lentsoe le bonolo ho ka etsa hore motho a utloahale eka o itšohile. Ka nako e tšoanang, boipiletso bo lokela ho etsoa ka tieo le ka boikutlo bo mofuthu. Boipiletso bo lerato bo tla susumetsa bamameli. Ha a ne a buella eena le metsoalle ea hae, Pauluse o ile a bolella Bathesalonika: “Le tseba hantle kamoo, joalokaha ntate a etsa ho bana ba hae, re ’nileng ra eletsa e mong le e mong oa lōna.” (1 Bathes. 2:11) Balebeli bao ba Bakreste ba ile ba tšoara barab’abo bona ka lerato. Etsa hore mantsoe a hao a susumetsoe ke kameho ea sebele bakeng sa bamameli ba hao.
E-ba masene. U se ke ua khopisa bao u lekang ho ba susumelletsa ho nka khato e itseng. Ka nako e tšoanang, u se ke ua tlohela ho bolella bamameli ba hao “morero oohle oa Molimo.” (Lik. 20:27) Ba nang le kananelo ba ke ke ba khopiseha kapa ba u hloea kahobane ka mosa u ile ua ba khothalletsa ho etsa se nepahetseng.—Pes. 141:5.
Hangata, ho molemo ho kenyelletsa keletso ka pabatso e tobileng le e tšepahalang. Nahana ka lintho tse ntle tseo barab’eno ba li etsang—lintho tseo e tlamehang ebe li thabisa Jehova haholo: tumelo eo ba e bontšang mosebetsing oa bona, lerato le ba susumelletsang ho ikitlaetsa le ho mamella ha bona ha ba talimane le maemo a lekang. (1 Bathes. 1:2-8; 2 Bathes. 1:3-5) Sena se tla thusa barab’eno hore ba ikutloe e le ba bohlokoa ’me ba utloisisoa ’me se tla ba thusa ho amohela boipiletso bo tla latela.
“Ka Tiisetso Eohle.” Keletso e lokela ho fanoa “ka tiisetso eohle.” (2 Tim. 4:2) See se akarelletsa eng? Tiisetso e akarelletsa ho mamella phoso kapa boemo bo halefisang u sa fele pelo. Motho ea nang le tiisetso o ba le tšepo ea hore bamameli ba hae ba tla sebelisa seo a se buang. Ho fana ka keletso ka moea ona ho tla etsa hore bamameli ba hao ba se ke ba nahana hore u ba nahanela hampe. Ho kholiseha ha hao ka hore bara le barali beno ba batla ho sebeletsa Jehova ka hohle kamoo ba ka khonang ho tla ipiletsa takatsong ea bona ea ho etsa se nepahetseng.—Baheb. 6:9.
“Ka Thuto e Phelisang Hantle.” Moholo a ka “eletsa ka thuto e phelisang hantle” joang? Ka ho ‘itšoarella ka tieo lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea hae ea ho ruta.’ (Tite 1:9) Ho e-na le ho fana ka maikutlo a hao, etsa hore Lentsoe la Molimo e be lona matla a boipiletso ba hao. Lumella Bibele hore e u thuse ho lemoha seo u lokelang ho se bua. Thathamisa melemo ea ho sebelisa seo Bibele e se buang tabeng eo. Hopola hantle liphello—tsa hona joale le tsa nakong e tlang—tsa ho se mamele Lentsoe la Molimo ’me u li sebelise ho kholisa bamameli ba hao ka bohlokoa ba ho nka khato e loketseng.
Tiisa hore u hlalosetsa bamameli ba hao ka ho hlaka seo ba lokelang ho se etsa le tsela eo ba lokelang ho se etsa ka eona. Bontša ka ho hlaka hore monahano oa hao o thehiloe ka tieo Mangolong. Haeba Mangolo a fana ka bolokolohi bo itseng qetong leha e le efe e lokelang ho etsoa, bontša hore na bolokolohi boo bo fella hokae. Joale, sephethong sa hao, etsa boipiletso ba ho qetela bo tla matlafatsa bamameli ba hao hore ba ikemisetse ho nka khato.
Ka “ho Bua ka Bolokolohi.” Hore motho a atlehe ha a eletsa ba bang, o lokela ho “bua ka bolokolohi bo boholo tumelong.” (1 Tim. 3:13) Ke eng se thusang motho ho bua ka bolokolohi? Ke hore ebe ‘mohlala oa hae oa mesebetsi e metle’ o lumellana le seo a khothalletsang barab’abo hore ba se etse. (Tite 2:6, 7; 1 Pet. 5:3) Boemong boo, ba khothalletsoang ho nka khato e itseng ba tla bona hore motho ea ba eletsang ha aa lebella hore ba etse seo eena a sa se etseng. Ba tla bona hore ba ka etsisa tumelo ea hae feela joalokaha le eena a leka ho etsisa Kreste.—1 Bakor. 11:1; Bafil. 3:17.
Keletso e thehiloeng Lentsoeng la Molimo le e fanoang ka lerato e ka finyella molemo o moholo. Ba filoeng boikarabelo ba ho fana ka keletso e joalo ba lokela ho ikitlaetsa hore ba bo phethe hantle.—Bar. 12:8.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Bontša lerato le tiisetso ’me u bue ka tieo.
Theha keletso ea hao ka tieo Lentsoeng la Molimo.
Tšehetsa keletso ea hao ka ho beha mohlala o motle.
BOITLHAKISO: Bala lengolo la moapostola Pauluse le eang ho Filemone. Batla litšobotsi tsena: (1) pabatso e mofuthu, (2) motheo oo Pauluse a ipiletsang bakeng sa Onesimase ka oona, (3) lebaka le fanoeng la ho kholisa Filemone kamoo a neng a lokela ho amohela lekhoba la hae le khutlileng kateng le (4) ho kholiseha ha Pauluse hore Filemone o tla etsa ntho e nepahetseng. Hlokomela kamoo u ka etsisang mokhoa ona kateng ha u fana ka keletso.