Ho Hloekisetsoa le ho Chesehela Mesebetsi e Metle
‘Jesu Kreste o iteletse rōna, a re hlatsoe, a tle a iketsetse ka rōna sechaba see e leng sa hae ka sebele, se chesehelang mesebetsi e metle.’—TITE 2:13, 14.
1. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li lokela ho hloeka le ho cheseha?
JEHOVA o-oa halalela, o lokile, o khabane. Eena le Mora oa hae ba entse mosebetsi o tsoileng matsoho ka cheseho. (Levitike 19:2; Pesaleme ea 25:8; Johanne 5:17) Ka hona, lipaki tsohle tsa Jehova li tlameha ho hloeka le ho chesehela mesebetsi e metle.
2. (a) Moapostola Pauluse o amahantse bohloeki le cheseho joang? (b) Joale re tla nahana ka lipotso life?
2 Moapostola Pauluse o boletse bohloeki le cheseho ha a ngola hore ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo Jesu o ‘iteletse rōna, a tle a re lopolle bokhopong bohle, ’me a re hlatsoe, a tle a iketsetse ka rōna sechaba see e leng sa hae ka sebele, se chesehelang mesebetsi e metle.’ (Tite 2:11-14) Ho hlokoa eng ho batho bao Jesu a ba hloekisitseng? Ke mesebetsi efe e metle eo re lokelang ho e chesehela? Hona ke mahlohonolo afe a thabeloang ke Lipaki tsa Jehova tse hloekisitsoeng le tse chesehang?
Bohloeki ba Moea ke ba Bohlokoa
3. (a) Bahlanka ba Jehova ba tlameha ho boloka tekanyetso efe ea bohloeki? (b) Bohlokoa ba bohloeki bo ile ba hatisoa joang ha batlamuoa ba Bajode ba lokolloa Babylona?
3 Bahlanka ba Jehova ba tlameha ho boloka tekanyetso e phahameng ea bohloeki ’meleng, boitšoarong le moeeng. (Exoda 30:17-21; Deuteronoma 23:12-14; Ba-Efese 5:25-27; 2 Ba-Korinthe 7:1) Ntlha ena ea bohlokoa e ile ea hatisoa lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., ha batlamuoa ba Bajode ba lokolloa Babylona. (Esdrase 1:1-4) Ba ne ba tla tloha ba leba naheng ea habo bona, ka thabo ba nkile lijana tse halalelang tseo Morena Nebukadnezare a neng a li nkile tempeleng ea Molimo e Jerusalema. E ne e le habohlokoa hakaakang hore lintho tseo tsa sehalalelo li nkoe feela ke barapeli ba hloekileng ba Jehova! Ka ho loketseng, ba bolelloa: “Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila, tsoang har’a bona! Itlhatsoeng, lōna ba jarang lipitsa tsa Jehova.” (Esaia 52:11) Bajari bao ba ne ba lokela ho hloeka litšileng tsohle tsa bolumeli ba Babylona le boitšoaro ba teng bo bobe.
4. Tumellanong le 2 Ba-Korinthe 6:14-17, ho hlokoa eng ho lipaki tsohle tsa Jehova?
4 Moapostola Pauluse o sebelisitse tlhoko eo ea bohloeki ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba lahlileng Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. A ngola: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila.” (2 Ba-Korinthe 6:14-17; Tšenolo 18:4, 5; Jeremia 51:45) Ka sebele, Jehova o batla ha balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona, “bongata boholo” ba hloekile moeeng.—Tšenolo 7:4-9.
“Tela ho se Tšabe Molimo le Litakatso Tsa Lefatše”
5. Ho latela 2 Ba-Korinthe 4:2, tšebeletso ea rōna e lokela ho ba joang?
5 Har’a lintho tse ling, ba sebeletsang e le Lipaki tsa Jehova tse hloekileng moeeng ba bilelitsoe ho “tela ho se tšabe Molimo le litakatso tsa lefatše.” (Tite 2:11, 12) Joalokaha Pauluse a itse sebakeng se seng: “Re lahlile lintho tse patoang tse lihlong; ’me ha re tsamaee ka mano, ha re tsoakanye lentsoe la Molimo, empa ka ho hlahisa ’nete, re iketsetsa kemelo matsoalong a batho bohle pel’a Molimo.” (2 Ba-Korinthe 4:2) Bakreste ba kajeno ba tlameha ho ipaka ba se na molato joaloka moapostola tšebeletsong ea bona, ba lokolohile liqosong tsohle tsa litšila kapa mekhoa ea bolotsana litšebelisanong tsa bona. (2 Ba-Korinthe 8:20, 21; Pesaleme ea 101:1-8) Ha baa tšoanela ho tataisoa ke bohlale ba lefatše, le moea oa boithati oa boetsalibe, kapa matla a susumetsang.—1 Ba-Korinthe 1:21; 2:12; 3:19; Ba-Efese 2:1, 2.
6. Ho ka etsoa joang haeba re loana ka thata le litšekamelo tse kang bolotsana le litakatso tse sa lokelang tsa nama?
6 Batho ba nang le moea oa lefatše ba atisa ho khelohela mekhoeng ea bolotsana hore ba finyelle lipakane tsa bona. Empa ha ea ipolelang hore ke Mokreste a etsa sena, ha a ea ‘tela ho se tšabe Molimo’ ’me ha a thabele botsoalle le Jehova. (Liproverbia 3:31, 32) ’Me haeba motho a busoa ke ho laba-labela litšila tsa nama, ha a ea ‘tela litakatso tsa lefatše.’ (Ba-Galata 5:19, 21; 1 Johanne 2:15-17) Empa ho thoe’ng haeba re loana ka thata le litšekamelo tsa nama tse kang bolotsana le litakatso tse sa lokang tsa nama? Ekaba ho loketseng ho rapela joaloka Davida, ea itseng: “Oho Molimo, u bōpe ka hare ho ’na pelo e hloekileng, u boele u lokise ka hare ho ’na moea o tiileng. U se ke ua ntelekisa pel’a sefahleho sa hao, u se ke ua nkamoha moea oa hao o halalelang!” (Pesaleme ea 51:10, 11; Johanne 15:19) Haeba re rapela ka tsela e joalo ’me re sebelisa hamolemo thuso e fumanehang Lentsoeng la Molimo, moea oa oona le phutheho, re tla tseba ho lokisa monahano oa rōna ’me re ka sebeletsa ka bokhabane re le barapeli ba hloekileng ba Jehova.
7. Ke hobane’ng ha bafosi ba sa bakeng ba lokela ho khaoloa?
7 Haeba ba bang har’a rōna ba phehella tsela e litšila tse feteletseng, ba tlameha ho khaoloa e le hore lebitso la Jehova le se silafatsoe, phutheho ea hae e bolokoa e hloekile ’me bahlanka ba hae ba khabane ba sireletsoa le ho lemosoa ka botebo ba ho etsa liphoso. (Levitike 22:31-33; Deuteronoma 13:6-11) Lilemong tse fetileng, batho ba Molimo ba ile ba hlokomela hore mofosi ea sa bakeng ha a sa tšoaneloa ke botsoalle ba bona. Ka mohlala, ka 1904 mookameli oa pele oa Watch Tower Society, Charles Taze Russell, a ngola: “Kereke e tlameha ho mo amoha botsoalle ba eona le pontšo efe kapa efe le lipontšo tsohle tsa boena.” (The New Creation, leqephe 290) Le kajeno, batho ba Jehova ba latela keletso ea Mangolo ea ho ‘tlosa e mobe’ har’a bona.—1 Ba-Korinthe 5:9-13.
8. Luka 3:8 le Ba-Galata 6:1 li na le matla afe hore na baholo ba sebetsana joang le ba fosang?
8 Ho boloka phutheho ea Jehova e hloekile ke taba ea kameho e khōlō ho baholo ba khethiloeng. Ha e le hantle, ba tlameha ho ba mosa moo ho nang le ‘litholoana tse tšoanelang pako,’ joalokaha Jehova a etsa ka mohau ha ho loketse. (Luka 3:8; Pesaleme ea 86:15; 130:3, 4) ’Me haeba molumeli oa heno a nka mohato o fosahetseng pele a ho hlokomela, ba tšoanelehang moeeng ba tlameha ho leka ho mo khutlisa ‘ka moea o bonolo.’—Ba-Galata 6:1.
Kamoo Baholo ba ka Thusang
9. Tse ling tsa litsela tse peli tseo baholo ba ka thusang Bakreste ba bang moeeng ka tsona ke life?
9 Balebeli ba ka thusa Bakreste ba bang ho hloeka moeeng joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho fana ka lipuo tse hahang. E ’ngoe ke ka lipuisano tsa botho le maeto a bolisa. (1 Petrose 5:1-4) Ka linako tse joalo, ka nepo baholo ba sebelisa Bibele ho ruta, ho hopotsa, ho laea le ho khalemela balumeli bahabo bona.
10. (a) Baholo ba lokela ho ba le boikutlo bofe ka ho bua pontšeng? (b) Ke hobane’ng ha balisa ba moea ba lokela ho ba liithuti tse matla tsa Bibele?
10 Bohlokoa ba ho ruta bo ile ba hatisoa ha Pauluse a phehella Tite mosebetsi ’moho le eena ho ‘bolela tse lokelang thuto ea pholoho.’ (Tite 2:1) Baholo ba ikokobelitseng ba Bakreste ha ba batle ho tlotlisoa e le libui tsa pontšeng empa ba chesehela ho sebelisa Bibele ka nepo ho ruta. (Liproverbia 25:27) Ho khahlisang, eo e kileng ea e-ba mookameli oa U.S. John Quincy Adams o itse: “Ke lilemo tse telele ke itloaelitse ho bala Bibele kaofela hang ka selemo se seng le se seng.” Morena e mong le e mong oa Iseraeleng o ne a tlameha ho ingolla molao oa Molimo le ho ‘o bala ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae.’ Joshua a latela litaelo tse joalo. (Deuteronoma 17:14-20; Joshua 1:7, 8) Ntle ho tsebo e fumanoang ka tsela eo, banna ba joalo ba Iseraele oa boholo-holo ba ne ba ka etsa ka bohlale joang kapa hona ho thusa ba bang moeeng? Ka hona haeba u moholo ea khethiloeng, na u balile Bibele kaofela, mohlomong ka makhetlo a mangata? Ha ho pelaelo hore hona ho ka phahamisa matla a hao a ho eletsa ba bang, ho akarelletsa Bakreste ba inehetseng bao ka bobona ba balileng Mangolo kaofela hangata. Ba sebeletsang e le balisa ba moea ba tlameha ho ba liithuti tse matla tsa Lentsoe la Molimo, mohloli oa “thuto ea pholoho.”
11. (a) Ke likhopotso life tsa Mangolo tse neng li hlokoa ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo Kreta? (b) Ka likhopotso tsa Bibele, baholo ba khethiloeng ba lokela ho tšoanelehela ho etsa joang?
11 Pauluse a boela a re ho Tite: “U ba hopotse ho utloa lihloho le marena, ho ea ka molao, ho lokela mesebetsi eohle e metle; ba se ke ba nyefola motho, ba tšabe likomang, ba be bonolo, ba etsetse batho bohle ka mosa oohle.” (Tite 3:1, 2) Likhopotso tseo tse tobileng li ne li hlokoa ke Bakreste ba lekholo la pele la lilemo sehleke-hlekeng sa Kreta. Ka ho tšoanang, ha ho hlaha bothata kajeno, baholo ba lokela ho tseba ho supa likhopotso tse loketseng tsa Mangolo. ’Me e se eka kamehla re ka leboha ha re hlokomelisoa ka likhopotso tsa Jehova.—Pesaleme ea 119:99, 129, NW.
12. (a) Ho khothatsa ho bolela eng? (b) Khothatso e lokela ho fanoa ka boikutlo bofe?
12 Tite a boela a bolelloa: “Banna ba bacha le bona u ba khothatse, hore ba phele ka kelello.” (Tite 2:6) Ho khothatsa ho bolela “ho phehella ka matla; ho lemosa kapa ho hlokomelisa ka tieo.” (The World Book Dictionary) Pauluse ka baka la lerato la hae la ’nete le kameho, ha a ka a thōla ka khothatso e hlokahalang. Ha e le hantle, o ne a ka re ho baholo ba Efese: “Le elelloe hobane ka lilemo tse tharo ha kea ka ka phetsa bosiu le motšehare ho eletsa [ho khothatsa] e mong le e mong oa lōna ka meokho.” (Liketso 20:31; bapisa The Riverside New Testament.) Baholo ba kajeno ba bontšang boikutlo bo joalo, le ba laeang kapa ba khothatsang ka mokhoa o loketseng, ruri ke lehlohonolo phuthehong!
13. (a) Ho khalemela ke ho etsa joang? (b) Baholo ba lokela ho khalemela ka boikutlo bofe?
13 Pauluse o boetse o bolela khalemelo, a phehella Tite: “U ba khalemele ka thata, tumelo ea bona e tle e hloke sekoli; ’me ba se ke ba ineela litšomo tsa ba-Jode, le litaelo tsa batho ba furallang ’nete.” (Tite 1:13, 14) Ho khalemela ke “ho hlokomelisa ka bohlasoa nthong, hangata ka sepheo se mosa sa ho lokisa kapa ho thusa,” kapa “ho bontša ho hanyetsa” motho bakeng sa mantsoe a hae kapa liketso. (Webster’s New Collegiate Dictionary) Pauluse o buile ka ho khalemela, empa e le ka morero o khabane—“tumelo ea bona e tle e hloke sekoli.” Ka ho tšoanang le kajeno, baholo ba qoba ho khahlapetsa hoo e seng ha Bokreste. Ho fapana le bakoenehi ba belaelang, baholo ba ’nete ba Bakreste ha ba leke ho ba “marena” holim’a tumelo le bophelo ba balumeli ba bang empa ba sebeletsa e le balisa le basebeletsi hammoho bakeng sa thabo ea bona, ba ba thusa ho ema ba tiile tumelong ea bona.—2 Ba-Korinthe 1:24; 1 Ba-Korinthe 4:1, 2.
14. Ke eng e tla re thusa ho lula re hloekile moeeng?
14 Ho ela hloko thuto, likhopotso, likhothatso le likhalemelo tsa Bibele ho tla re thusa ho lula re hloekile moeeng. Hona ho re etsa ba tšoanelehang tšebeletsong e halalelang ea Molimo. Empa re lokela ho etsa tšebeletso eo ka moea ofe?
‘Chesehela Mesebetsi e Metle’
15. (a) Cheseho e ka hlalosoa joang? (b) Mosebetsi o motlehali o ka etsoang ke Mokreste ke ofe?
15 Lipaki tsa Jehova, joaloka sehlopha se hlophisitsoeng sa Bakreste ba inehetseng, li “chesehela mesebetsi e metle.” Cheseho ke “takatso e matla le e hloahloa ho phehelleng ntho.” (Webster’s New Collegiate Dictionary) Ka lengolo la Pauluse le eang ho Tite, Bakreste bohle ba lokela ho phehella “mesebetsi e metle” ea mefuta-futa. Ka mohlala, basali ba bacha ba lokela ho hloeka, e be ba sebetsang lapeng le ba ikokobeletsang banna ba bona. Tite e ne e lokela ‘ho ba mohlala oa mesebetsi e metle,’ a bontša ho hloeka thutong ea hae a sebelisa puo e hahang le tse joalo. (Tite 2:1-14) Koana, mosebetsi o motlehali oo Mokreste a ka o etsang ke oa ho thusa ba bang ho ithuta ka Molimo le ho O sebeletsa. Haeba u paki ea Jehova, na u hlile u chesehela ho etsa ‘mosebetsi ona o motle’? Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bontša cheseho bakeng sa ho bolela litaba tse molemo, le har’a mahloriso.—Liketso 11:19-21.
16. (a) Lebaka la sehlooho la ho ba teng ha phutheho ea Bokreste ke lefe? (b) Ho itsoe’ng ka mosebetsi oa ho bolela evangeli oa Lipaki tsa Jehova?
16 Ho sa tsotellehe ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova kajeno, moea oa Molimo o li susumelletsa ho phethahatsa thōmo ea ho bolela ka ’Muso—lebaka la sehlooho la boteng ba phutheho ea Bokreste. (Mattheu 24:14; 28:19, 20; Esaia 61:1, 2) Joaloka Bakreste ba pele, ka cheseho li etsa mosebetsi o motle oa ho bolela ‘litaba tse molemo’ ka ntlo le ntlo le ka mekhoa e meng. (Liketso 5:41, 42; 20:20, 21) Bukeng ea hae Evangelism, Inc., G. W. Target o bua ka mekhoa ea ho paka e akarelletsang “ho bolela evangeli menyakong” ’me o hlokomela hore “batho ba bang ba ka ba ba o bitsa mokhoa o tloaelehileng haholo—haholo kamor’a ho eta ha Lipaki tsa Jehova. . . . Ba bang ba latela ka potlako, empa Lipaki tsa Jehova li itlhomme pele.” Ka ho sebelisoa ha lingoliloeng tsa Bibele, Target o lumela hore: “Hang hape, Lipaki tsa Jehova li itlhomme pele. . . . Ha ho bapisoa, . . . ke mekhatlo e fokolang haholo ka palo e hlileng e hatisang libuka tse bolelang evangeli.” Ka sebele, lingoliloeng tsa Bokreste tse etsoang ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo le tse fumanoang ho Lipaki tsa Jehova ka moneelo li thusa batho ba kang linku lefatšeng lohle ho ithuta le ho etsa thato ea Molimo.
17. Ho ka pakoa joang hore Molimo o atlehisitse mosebetsi oa ho bolela oa Lipaki tsa Jehova?
17 Jehova o ile a atlehisa mosebetsi oa boboleli oa Bakreste ba pele. Ka hona liphutheho tsa hlongoa libakeng tse ngata—Roma, Korinthe, Efese, Filippi, Kolosse, Thessalonika le libakeng tse ling. Ka ho tšoanang, Jehova o atlehisa mosebetsi oa ho bolela oa bahlanka ba hae ba kajeno, hoo ho nang le liphutheho tse fetang 46 000 tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Tlotla e lebisoa ho Molimo bakeng sa khōlo e tsotehang joalo.—Esaia 60:22; 1 Ba-Korinthe 3:6, 7.
Mahlohonolo a Rōna a Mangata
18-20. A mang a mahlohonolo ao re a thabelang re le bahlanka ba Molimo ke afe?
18 Mahlohonolo le melemo ea tšebeletso e hloekileng le e chesehang tse thabeloang ke batho ba Jehova kajeno li ngata ka sebele. (Liproverbia 10:22) Ka mohlala, joaloka bahlanka ba Molimo ba hloekisitsoeng, re khotsofalla ho mo khahlisa. (1 Petrose 1:13-16) ’Nete ea Molimo e re lokollotse ho Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 18:4, 5) Ha re ba hlaseloang ke tumela-khoela, tšabo ea bafu le tse joalo. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 8:32) ‘Khotso ea Molimo e lebela lipelo tsa rōna le mehopolo ea rōna.’ (Ba-Filippi 4:6, 7, 13) Ho bokana kamehla le barapeli ba hloekileng ho re etsa hore re ikutloe re sireletsehile, joaloka “linku tse har’a lesaka.” (Mikea 2:12) Ho ba le moea o halalelang oa Molimo ho re nolofaletsa ho bontša tholoana ea oona ea lerato, thabo, khotso, sebete, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro. (Ba-Galata 5:22, 23) Hona hohle ho lokela ho re thabisa hakaakang!
19 Re le baboleli ba ’Muso ba chesehang, re sebeletsa Morena oa Bokahohle—tokelo e ntlehali eo motho ofe kapa ofe a ka bang le eona. Oa rōna ke ‘mosebetsi o halalelang oa litaba tse molemo.’ Ha ho boiteko bo bong lefatšeng bo tlisang thabo e khōloanyane ho feta ho bolela molaetsa oa ‘Molimo o thabileng,’ le ho thusa ba bang ho ithuta ka eena!—Ba-Roma 15:16; 1 Timothea 1:11.
20 Kamano e haufi le Molimo ke le leng la mahlohonolo a rōna a mangata. Re ka mo rapela ka tšepo ea hore o-oa re utloa. (1 Johanne 5:14, 15) Ke ho babatsehang hakaakang ho ba haufi hakaalo le Jehova! Joalokaha mopesaleme a itse: “Ha e le ’na, ho ba haufi le Molimo, ke molemo ho ’na; ke beile setšabelo sa ka ho Morena Jehova, ke tle ke tsebe ho bolela mesebetsi ea hao kaofela.”—Pesaleme ea 73:28.
21. Re le batho ba Jehova ba hloekisitsoeng le ba chesehang, boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe?
21 Ha ho talingoa mahlohonolo a rōna a mangata re le batho ba Molimo ba hloekisitsoeng le ba chesehang, re ke re ikemisetse ho lula re hloekile moeeng ’me re tletse cheseho ea bomolimo. Ha re lula re le joalo, re ka tiisa hore Jehova o tla re phahamisa le ho re tsamaisa re le lipaki tsa hae. Ho feta moo, bohloeki le cheseho tšebeletsong e halalelang ea Molimo mehleng ena ea bofelo, li tla re bulela tsela ea ho phela ka ho sa feleng re etsa mesebetsi e hloekileng le e chesehang e rorisang Jehova ka mosa oa hae o sa tšoanelang.
U ka Arabela Joang?
◻ Ho hlokahala eng hore motho e be karolo ea batho ba hloekileng ba Jehova?
◻ Baholo ba khethiloeng ba ka thusa ba bang joang hore ba hloeke moeeng?
◻ Batho ba Molimo ba lokela ho chesehela haholo-holo mosebetsi ofe o motle?
◻ Ke mahlohonolo afe a thabeloang ke lipaki tse hloekisitsoeng le tse chesehang tsa Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Baholo e lokela ho ba liithuti tse masene tsa Bibele ’me ba lokela ho e sebelisa ho ruta, ho hopotsa, ho khothatsa le hona ho khalemela ba bang