Seo e Leng ’Nete ka Ntate, Mora le Moea o Halalelang
BATHO ba lumelang thuto ea Boraro-bo-bong ba re Molimo o etsoa ke batho ba bararo—e leng Ntate, Mora le Moea o Halalelang. Ba re batho bana ba bararo baa lekana, ba matla ’ohle ebile ha ba na qalo. Ka hona, ho ea ka thuto ea Boraro-bo-bong Ntate ke Molimo, Mora ke Molimo le Moea o Halalelang ke Molimo, leha ho le joalo ho na le Molimo a le mong feela.
Batho ba bangata ba lumelang thuto ea Boraro-bo-bong baa lumela hore ha ba khone ho e hlalosa. Empa e ka ’na eaba ba ntse ba lumela hore Bibele ea e ruta. Ke habohlokoa ho hlokomela hore lentsoe “Boraro-bo-bong” ha le hlahe ho hang ka Bibeleng. Empa na khopolo ea Boraro-bo-bong eona e teng ka Bibeleng? E le hore re arabe potso ena, a re ke re hlahlobe temana eo ba tšehetsang thuto ena ba atisang ho e qotsa ha ba buella Boraro-bo-bong.
“LENTSOE E NE E LE MOLIMO”
Johanne 1:1 e re: “Lentsoe le ne le le tšimolohong, ’me Lentsoe le ne le le ho Molimo, ’me Lentsoe e ne e le Molimo.” (Bibele ea Sesotho) Litemaneng tse latelang hona khaolong eo, moapostola Johanne o bontša ka ho hlaka hore “Lentsoe” ke Jesu. (Johanne 1:14) Empa kaha Lentsoe le bitsoa Molimo, ba bang ba entse qeto ea hore e tlameha ebe Mora le Ntate ke karolo ea Molimo a le mong.
U hopole hore karolo ena ea Bibele e ne e ngotsoe ka Segerike qalong. Hamorao, bafetoleli ba ile ba fetolela taba e ngotsoeng ka Segerike lipuong tse ling. Leha ho le joalo, bafetoleli ba ’maloa ba Bibele ha baa ka ba sebelisa poleloana e reng “Lentsoe e ne e le Molimo.” Hobane’ng? Ba itšetlehile ka tsebo ea bona ea Segerike se neng se sebelisoa ha ho ngoloa Bibele, bafetoleli bao ba ile ba etsa qeto ea hore poleloana e reng “Lentsoe e ne e le Molimo” e lokela ho fetoleloa ka tsela e fapaneng. Joang? Mehlala e seng mekae ke ena: “Logos [Lentsoe] o ne a e-na le bomolimo.” (A New Translation of the Bible) “Lentsoe e ne e le molimo.” (The New Testament in an Improved Version) “Lentsoe o ne a e-na le Molimo ’me a e-na le sebōpeho sa hae.” (The Translator’s New Testament) Ho latela liphetolelo tsena, Lentsoe hase Molimo ka seqo.a Ho e-na le hoo, ka lebaka la boemo ba hae bo phahameng har’a libōpuoa tse ling tsa Jehova, Lentsoe o bitsoa “molimo.” Mona lentsoe “molimo” le bolela “ea matla.”
FUMANA LINTLHA TSE EKETSEHILENG
Batho ba bangata ha ba tsebe Segerike se neng se sebelisoa ha ho ngoloa Bibele. Joale u ka tseba joang seo moapostola Johanne a neng a hlile a se bolela? Ak’u nahane ka mohlala ona: Mosuoe o hlalosetsa liithuti taba e itseng. Ka mor’a moo, liithuti li se li fapana ka maikutlo ka tlhaloso eo li e fuoeng. Liithuti tseo li ka rarolla bothata boo joang? Li ka kōpa mosuoe hore a li fe boitsebiso bo eketsehileng. Ha ho pelaelo hore ho ithuta lintlha tse eketsehileng ho tla li thusa ho utloisisa taba e rutoang hamolemo. Ka ho tšoanang, e le hore u utloisise seo Johanne 1:1 e se bolelang, u ka hlahloba Kosepele ea Johanne e le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le boemo ba Jesu. Ho ithuta lintlha tse eketsehileng ka taba ena ho tla u thusa hore u etse qeto e nepahetseng.
Ka mohlala, nahana ka seo Johanne a tsoelang pele ho se ngola khaolong ea 1, temana ea 18: “Ha ho motho ea boneng Molimo [ea Matla ’Ohle] ka nako leha e le efe.” Empa batho ba kile ba bona Jesu, Mora, kaha Johanne o re: “Lentsoe [Jesu] le ne le etsoe nama, ’me la aha har’a rōna . . . , ’me re bohile khanya ea lona.” (Johanne 1:14, BS) Joale, Mora e ka ba karolo ea Molimo ea Matla ’Ohle joang? Johanne o boetse o re Lentsoe “o ne a e-na le Molimo.” Ke joang motho a ka bang le motho e mong ’me ka nako e tšoanang ea e-ba eena motho eo? Ho feta moo, joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 17:3, Jesu o bontša ka ho hlaka hore ho na le phapang pakeng tsa hae le Ntate oa hae oa leholimo. O bitsa Ntate oa hae “Molimo a le mong feela oa ’nete.” Ho elella qetellong ea Kosepele ea hae, Johanne o akaretsa taba ka ho re: “Tsena li ngotsoe fatše e le hore le ka lumela hore Jesu ke Kreste Mora oa Molimo.” (Johanne 20:31) Hlokomela hore Jesu o bitsoa Mora oa Molimo, eseng Molimo. Boitsebiso bona bo eketsehileng bo fanoeng Kosepeleng ea Johanne bo bontša tsela eo Johanne 1:1 e lokelang ho utloisisoa ka eona. Jesu, e leng Lentsoe, ke “molimo” ka kutloisiso ea hore o boemong bo phahameng empa hase Molimo ea Matla ’Ohle.
TIISA HORE LINTLHA TSEO KE ’NETE
Ak’u nahane hape ka mohlala ola oa mosuoe le liithuti. A re nke hore liithuti tse ling li ntse li e-na le pelaelo le ha mosuoe a se a li hlaloselitse ka ho eketsehileng. Li ka etsa’ng hape? Li ka ea ho mosuoe e mong e le hore a li fe boitsebiso bo eketsehileng ka taba eo. Haeba mosuoe enoa oa bobeli a lumellana le tlhaloso e fanoeng ke mosuoe oa pele, liithuti tse ngata li ka ’na tsa khaotsa ho ba le lipelaelo. Ka ho tšoanang, haeba u sa kholiseha ka seo mongoli oa Bibele Johanne a neng a hlile a se bolela ka kamano e teng pakeng tsa Jesu le Molimo ea Matla ’Ohle, u ka ea ho mongoli e mong oa Bibele ho batla boitsebiso bo eketsehileng. Ka mohlala, nahana ka seo Matheu a se ngotseng. Ha a bua ka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, o qotsa Jesu a re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Matheu 24:36) Mantsoe aa a tiisa joang hore Jesu hase Molimo ea Matla ’Ohle?
Jesu o re Ntate o tseba ho feta Mora. Haeba Jesu e ne e le karolo ea Molimo ea Matla ’Ohle, o ne a tla tseba seo Ntate oa hae a se tsebang. Kahoo, Mora le Ntate ha ba lekane. Empa ba bang ba ka ’na ba re: ‘Jesu o ne a e-na le libōpeho tse peli. Mona o ne a bua e le motho oa nama.’ Empa esita le haeba ho joalo, ho thoe’ng ka moea o halalelang? Haeba le oona ke karolo e ’ngoe ea Molimo joaloka Ntate, ke hobane’ng ha Jesu a sa re o tseba seo Ntate a se tsebang?
Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta Bibele, u tla ithuta litemana tse ling tse eketsehileng tsa Bibele tse amanang le taba ena. Li tiisa seo e leng ’nete ka Ntate, Mora le moea o halalelang.—Pesaleme ea 90:2; Liketso 7:55; Bakolose 1:15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka Johanne 1:1, bona leqephe la 24-25 ho Molula-Qhooa oa November 1, 2008 o hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.