Kingdom News No. 37
Molaetsa o Eang Lefatšeng Lohle
Bolumeli Ba Bohata Bo Haufi Le Ho Fela!
▪ Bolumeli ba bohata ke eng?
▪ Bo tla fela joang?
▪ Seo se tla u ama joang?
Bolumeli ba bohata ke eng?
Na u tšoenngoa ke tlōlo ea molao e etsoang ka lebitso la bolumeli? Na lintoa, bokhukhuni le bomenemene bo etsoang ke batho ba ipolelang hore ba sebeletsa Molimo ha bo halefise? Ke hobane’ng ha ho bonahala eka bolumeli ke sesosa sa mathata a mangata hakaale?
Hase malumeli ’ohle a molato, empa ke bolumeli ba bohata. Motho ea hlomphuoang haholo bolumeling, Jesu Kreste, o ile a bontša hore mesebetsi ea bolumeli ba bohata e mebe, joalokaha “sefate . . . se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso.” (Matheu 7:15-17) Bolumeli ba bohata bo hlahisa litholoana tsa mofuta ofe?
Bolumeli ba Bohata . . .
■ BO ITŠUNYA-TŠUNYA LINTOENG LE LIPOLOTIKING: Koranta ea Asiaweek e re: “Asia hammoho le libakeng tse ling, ka ho tella baeta-pele ba labalabelang ho fumana maemo ba nka monyetla ka maikutlo a batho ka bolumeli e le hore ba ka phetha merero ea bona.” Ka lebaka leo, koranta ena ea lemosa: “Lefatše le bonahala le habile pherekanong.” Moeta-pele e mong ea tummeng oa bolumeli United States o ile a re: “U lokela ho bolaea likhukhuni pele li bolaea batho.” Ho ea ka eena tharollo ke efe? “Li ripitle kaofela ka lebitso la Morena.” Empa Bibele eona e re: “Haeba leha e le mang a re: ‘Ke rata Molimo,’ leha ho le joalo a hloile mor’abo, o leshano.” (1 Johanne 4:20) Jesu o ile a ba a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna.” (Matheu 5:44) Ke malumeli a makae ao u ka nahanang ka ’ona ao litho tsa ’ona li kenelang ntoa?
◼ BO RUTA LITHUTO TSA BOHATA: Malumeli a mangata a ruta hore moea (soul) kapa moea (spirit) ke karolo e sa bonahaleng ea motho e lulang e phela ka mor’a hore ’mele o shoe. A sebelisa thuto ena, malumeli a mangata a qhekella litho tsa ’ona, a li lefisa chelete e ngata hore a rapelle meea e tsamaileng. Leha ho le joalo, Bibele e ruta thuto e fapaneng le eo. “Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Jesu o ile a ruta hore bafu ba tla tsosoa—e leng mohato o neng o ke ke oa hlokahala haeba batho ba ne ba e-na le moea o sa shoeng. (Johanne 11:11-25) Na bolumeli ba hao bo ruta hore moea ha o shoe?
■ BO LUMELLA BOITŠOARO BO LITŠILA BA HO KOPANELA LIPHATE: Linaheng tse ling, likereke li khetha litho tsa tsona tsa basodoma hore e be baruti, li bile li susumelletsa mebuso hore e ngolise ka molao manyalo a batho ba bong bo tšoanang. Esita le likereke tse nyatsang boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate li tlohetse baruti ba tsona ba hlekefetsang masea. Leha ho le joalo, Bibele e ruta eng? Ka ho hlakileng e re: “Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna . . . ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (1 Bakorinthe 6:9, 10) Na u tseba malumeli a lumellang boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate?
Nakong e tlang ho tla etsahala’ng ka malumeli a behang litholoana tse bolileng? Jesu o ile a lemosa: “Sefate se seng le se seng se sa hlahiseng litholoana tse ntle sea rengoa ’me se lahleloa mollong.” (Matheu 7:19) Ka sebele bolumeli ba bohata bo tla rengoa joaloka sefate seo ebe boa felisoa! Empa see se tla etsahala joang hona neng? Pono ea boprofeta e tlalehiloeng bukeng ea Bibele ea Tšenolo, khaolo ea 17 le ea 18, e araba lipotso tseo.
Bolumeli ba bohata bo tla fela joang?
Nahana ka boemo bona. Seotsoa se palame sebata se tšabehang. Sebata sena se na le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome. (Tšenolo 17:1-4) Seotsoa see se tšoantšetsa mang? Se na le matla “holim’a marena a lefatše.” Se apere bopherese, se sebelisa libano ebile se hafa ka nkatana. Ho feta moo, kaha se sebelisana le meea, ‘lichaba kaofela lia khelosoa.’ (Tšenolo 17:18; 18:12, 13, 23) Bibele e re thusa ho elelloa hore seotsoa sena ke mokhatlo oa bolumeli oa lefatše lohle. Ha se emele bolumeli bo le bong bo itseng, empa se emela malumeli ’ohle a hlahisang litholoana tse bolileng.
Sebata se palangoeng ke seotsoa se emela mebuso ea lefatše ea lipolotiki.a (Tšenolo 17:10-13) Bolumeli ba bohata bo palame sebata sena se emelang mebuso ea lipolotiki, ’me bo leka ho susumetsa liqeto tsa sona le ho se laola.
Empa ho na le ketsahalo e hlollang e tla tloha e etsahala. “Linaka tse leshome tseo u li boneng, le sebata, li tla hloea seotsoa ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, li tla ja linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo.” (Tšenolo 17:16) Ka tšohanyetso, ho tla etsahala ntho e tšosang, mebuso ea lefatše ea lipolotiki e tla hlasela bolumeli ba bohata ’me e bo felise ka hohle-hohle! Ke eng e tla e susumetsa ho etsa joalo? Buka ea Bibele ea Tšenolo e araba tjena: “Molimo o ho kentse ka lipelong tsa tsona ho phetha monahano oa hae.” (Tšenolo 17:17) Ka sebele Molimo o tla re bolumeli ba bohata bo ikarabelle ka liketso tsohle tse tšabehang tseo bo li entseng ka lebitso la hae. A sebelisa toka e phethahetseng, o tla liha kahlolo a sebelisa mebuso ea lipolotiki eo e leng linyatsi tsa seotsoa.
U lokela ho etsa’ng haeba u sa batle ho hlaheloa ke qetello e tšoanang le ea bolumeli ba bohata? Moromuoa oa Molimo o re: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka.” (Tšenolo 18:4) Ruri ena ke nako ea ho baleha bolumeling ba bohata! Empa u ka balehela hokae? U se balehele ho ba latolang boteng ba Molimo, etsoe le bona bokamoso ba bona bo lerootho. (2 Bathesalonika 1:6-9) Setšabelo feela ke bolumeli ba ’nete. U ka khetholla bolumeli ba ’nete joang?
Tsela eo u ka khethollang bolumeli ba ’nete ka eona
Bolumeli ba ’nete bo lokela ho hlahisa litholoana life tse ntle?—Matheu 7:17.
Bolumeli ba ’Nete . . .
◼ BO BONAHATSA LERATO: Barapeli ba ’nete “hase karolo ea lefatše,” ha baa arohanngoa ke merabe kapa litso tse sa tšoaneng, ’me ba bonahatsa ‘lerato har’a bona.’ (Johanne 13:35; 17:16; Liketso 10:34, 35) Ho e-na le ho bolaeana, ba ikemiselitse ho shoelana ha ho hlokahala.—1 Johanne 3:16.
◼ BO TŠEPA LENTSOE LA MOLIMO: Bolumeli ba ’nete ha bo rute “neano” le “litaelo tsa batho e le lithuto,” empa bo theha lithuto tsa bona Lentsoeng la Molimo, Bibele. (Matheu 15:6-9) Hobane’ng? Hobane “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.”—2 Timothea 3:16.
◼ BO MOMAHANYA MALAPA EBILE BO KHOTHALLETSA HO PHELA KA MELAO-MOTHEO E LOKILENG EA BOITŠOARO: Bolumeli ba ’nete bo ruta banna ‘ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona,’ bo thusa basali ‘ho ba le tlhompho e tebileng ho banna ba bona,’ ebile bo ruta bana hore ba ‘mamele batsoali ba bona.’ (Baefese 5:28, 33; 6:1) Ho feta moo, ba filoeng boikarabelo bo itseng ba lokela ho beha mohlala o motle ka boitšoaro ba bona.—1 Timothea 3:1-10.
Na ho na le bolumeli bo latelang melao-motheo ee? Buka e bitsoang Holocaust Politics e hatisitsoeng ka 2001, e re: “Haeba batho ba bangata ba ne ba latela lithuto le liketso tsa Lipaki Tsa Jehova, ho ka be ho thibetsoe Polao e Sehlōhō e Entsoeng ke Manazi ’me ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le polao e reretsoeng ho timetsa merabe e meng ka ho feletseng.”
Bonneteng, linaheng tse 235, Lipaki Tsa Jehova ha li rute melao-motheo ea Bibele ea boitšoaro feela empa li phela ka eona. Re u khothalletsa hore u kōpe Lipaki Tsa Jehova li u thuse ho ithuta seo Molimo a se hlokang e le hore u ka mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Ena ke nako ea ho nka khato. U se ke ua lieha. Bolumeli ba bohata bo haufi le ho fela!—Sofonia 2:2, 3.
Haeba u batla ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka molaetsa oa Bibele oo Lipaki Tsa Jehova li o bolelang, u se ke ua tsilatsila ho ngolla atereseng e bontšitsoeng ka tlaase mona.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse bukana ea Le Lule le Lebetse!
Bontša hore na ka puo efe.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena, bona buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
Bolumeli ba bohata bo na le matla “holim’a marena a lefatše”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
“Tsoang ho eena, sechaba sa ka”