Khaolo ea 2
“Tsela le ’Nete le Bophelo”
1, 2. Ke hobane’ng ha re ne re ke ke ra khona ho atamela Jehova ka borōna, hona Jesu Kreste o re etselitse eng ntlheng ee?
NA U kile ua lahleha? U ka ’na ua hopola mohla u neng u etela motsoalle kapa mong ka uena ea itseng ’me u sa tsebe tsela. Ha u ntse u tsamaea tseleng eo u sa e tsebeng, na u ile ua ema ’me ua kōpa thuso? Nahana kamoo u neng u ka ikutloa kateng ha motho e mong ea mosa a sa u bontše tsela feela, empa a re: “Ha re ee u ntšale morao. Ke tla u isa moo.” U ne u tla ikutloa u imolohile hakaakang!
2 Ka tsela e batlang e tšoana, Jesu Kreste o re etsetsa se tšoanang. Re ne re ke ke ra khona ho atamela Molimo ka borōna. Kaha moloko oa batho o futsitse sebe le ho se phethahale, o lahlehile ’me o “arohile bophelong ba Molimo.” (Baefese 4:17, 18) Re hloka thuso e le hore re fumane tsela. Jesu, ’Mehi-mohlala oa rōna ea mosa, ha a felle feela ka ho re eletsa le ho re fa litaelo; o etsa ho fetang hoo. Joalokaha re bone Khaolong ea 1, Jesu oa re mema, o re: ‘Tloo u be molateli oa ka.’ (Mareka 10:21) Empa o boetse o re fa lebaka le re qobellang ho amohela memo eo. Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) A re tšohleng a mang a mabaka a etsang hore re khone ho atamela Ntate ka Mora feela. Joale re ntse re nahanne ka mabaka ao, re tla tšohla kamoo ha e le hantle Jesu e leng “tsela le ’nete le bophelo” kateng.
O Phetha Karolo ea Bohlokoa Morerong oa Jehova
3. Ke hobane’ng ha batho ba ka atamela Molimo ka Jesu?
3 Ntlha ea pele eo e bileng e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Jesu ke eena eo batho ba ka atamelang Molimo ka eena hobane Jehova o khethile Mora enoa oa hae hore a phethe karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa.a Ntate o mo entse ea ka sehloohong ho phethahatseng merero ea Hae. (2 Bakorinthe 1:20; Bakolose 1:18-20) E le hore re utloisise karolo ea bohlokoa eo Mora a e phethang, re lokela ho nahana ka se etsahetseng serapeng sa Edene, moo banyalani ba pele ba batho ba ileng ba ikopanya le Satane ho fetoheleng Jehova.—Genese 2:16, 17; 3:1-6.
4. Borabele ba Edeneng bo ile ba hlahisa tseko efe, hona Jehova o ile a khetha ho etsa’ng e le hore a rarolle tseko eo?
4 Borabele ba Edene bo ile ba hlahisa tseko e neng e tla ama libōpuoa tsohle tse bokahohleng: Na Jehova Molimo o busa libōpuoa tsa hae ka tsela e loketseng? E le ho rarolla tseko ena, Jehova o ile a khetha hore ho ne ho tla hlokahala hore mora ea phethahetseng oa moea a tle lefatšeng. Mora enoa o ne a lokela ho jara boikarabelo bo matla—a fane ka bophelo ba hae ho tlosa qoso bobusing ba Jehova a be a fane ka bona e le thekollo ho pholosa moloko oa batho. Ka ho lula a tšepahala ho isa lefung, mora eo ea khethiloeng o ne a tla etsa hore ho be le mokhoa oa ho rarolla mathata ’ohle a hlahisitsoeng ke borabele ba Satane. (Baheberu 2:14, 15; 1 Johanne 3:8) Jehova o ne a e-na le bara ba moea ba limilione-milione. (Daniele 7:9, 10) O ile a khetha ofe ho phetha kabelo ee ea bohlokoa? Jehova o ile a khetha “Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši,” eo hamorao a ileng a tsejoa e le Jesu Kreste.—Johanne 3:16.
5, 6. Jehova o bontšitse joang hore o tšepa Mora oa hae, hona ho mo tšepa hoo ho thehiloe ho eng?
5 Na re lokela ho makatsoa ke eo Jehova a mo khethileng? Che! Ntate o ne a tšepa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ka ho feletseng. Jehova o ile a bolela lilemo tse makholo pele Mora oa hae a tla lefatšeng, hore Mora eo o ne a tla lula a tšepahala ho sa tsotellehe mathata ’ohle a tlang ho mo hlahela. (Esaia 53:3-7, 10-12; Liketso 8:32-35) Nahana ka se boleloang ke seo. Joaloka libōpuoa tse ling tsohle tse bohlale, Mora o ne a e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, o ne a ka ikhethela seo a batlang ho se etsa. Leha ho le joalo, Jehova o ne a mo tšepa hoo a ileng a bolela esale pele hore Mora enoa oa hae o tla tšepahala. Ke’ng se neng se etsa hore a mo tšepe hakaalo? Ha e le hantle, ke tsebo. Jehova o tseba Mora oa hae ka botlalo ebile o tseba kamoo Mora eo oa hae a batlang ho Mo khahlisa kateng. (Johanne 8:29; 14:31) Mora o rata Ntate oa hae, ’me Jehova le eena o rata Mora oa Hae. (Johanne 3:35) Lerato leo Ntate le Mora ba ratanang ka lona le theha maqhama a matla a bonngoe le ho tšepana hoo ho seng letho le ka a khaolang.—Bakolose 3:14.
6 Ha re nahana ka karolo ea bohlokoa eo Mora a e phethang, tsela eo Ntate a mo tšepang ka eona le maqhama a lerato ao Ntate le Mora ba nang le ’ona, na ke ho makatsang hore ebe Jesu ke eena feela eo re ka atamelang Molimo ka eena? Empa ho boetse ho na le lebaka le leng le etsang hore e be Mora feela ea ka re lebisang ho Ntate.
Ke Mora Feela ea Tsebang Ntate ka Botlalo
7, 8. Ke hobane’ng ha ka nepo Jesu a ne a ka re ha ho ea tsebang Ntate ka botlalo “haese Mora” feela?
7 Ho na le lintho tse itseng tseo re lokelang ho li finyella e le hore re atamele Jehova. (Pesaleme ea 15:1-5) Ke mang ea tsebang ho feta Mora hore na ho hlokahala re etse’ng e le hore re finyelle melao ea Molimo le hore A re amohele? Jesu o ile a re: “Ke nehiloe lintho tsohle ke Ntate, ’me ha ho ea tsebang Mora ka botlalo haese Ntate, leha e le hore mang kapa mang o tseba Ntate ka botlalo haese Mora le mang kapa mang eo Mora a ratang ho mo senolela eena.” (Matheu 11:27) A re boneng hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a nepile a bile a sa feteletse taba ha a re ha ho ea tsebang Ntate ka botlalo “haese Mora.”
8 Kaha ke “letsibolo la pōpo eohle,” Mora o na le kamano e haufi-ufi le Jehova. (Bakolose 1:15) Nahana ka kamano e haufi-ufi eo Ntate le Mora ba bileng le eona ka lilemo tse se nang palo tseo ba li qetileng ba le babeli feela—ho tloha tšimolohong ea pōpo ho fihlela ha ho bōptjoa libōpuoa tse ling tsa moea. (Johanne 1:3; Bakolose 1:16, 17) Nahana feela ka monyetla o babatsehang oo Mora a neng a e-na le oona ha a ntse a e-na le Ntate oa hae, oa ho ithuta likhopolo tsa Ntate le oa ho ithuta thato ea Hae, melao ea Hae le litsela tsa Hae. Ha e le hantle hase ho fetelletsa taba ho re Jesu o tseba Ntate oa hae ho feta motho leha e le ofe e mong. Kamano ena e haufi-ufi e ile ea nolofalletsa Jesu hore a senole Ntate oa hae ka litsela tseo ho seng motho leha e le ofe e mong ea neng a ka mo senola ka tsona.
9, 10. (a) Jesu o ile a senola Ntate oa hae ka litsela life? (b) E le hore Jehova a re amohele, re lokela ho etsa’ng?
9 Lithuto tsa Jesu li ne li senola hore o tseba hantle tsela eo Jehova a nahanang ka eona le hore na o ikutloa joang le hore na ke’ng seo A se hlokang ho barapeli ba Hae.b Jesu o ile a senola Ntate oa hae ka tsela e ’ngoe ea bohlokoa. Jesu o ile a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e bua le eo a neng a e etsa. Kahoo ha re bala ka Jesu ka Bibeleng—’me re bala ka lithuto tse matla le tse ipiletsang tseo a neng a li ruta, ka qenehelo e ileng ea mo susumelletsa hore a folise ba bang le ka kutloelo-bohloko e ileng ea mo susumelletsa hore a lle—re ka inahanela seo Jehova a neng a tla se bua le seo a neng a tla se etsa. (Matheu 7:28, 29; Mareka 1:40-42; Johanne 11:32-36) Seo Mora a ileng a se bua le seo a ileng se etsa se senola litsela tsa Ntate le thato ea hae. (Johanne 5:19; 8:28; 12:49, 50) Kahoo e le hore Jehova a re amohele, re lokela ho ela hloko lithuto tsa Jesu re be re latele mohlala oa hae.—Johanne 14:23.
10 Kaha Jesu o tseba Jehova ka botlalo ’me o mo etsisa ka ho phethahetseng, ha ho makatse hore ebe Jehova o khethile Mora hore e be eena eo batho ba ka atamelang Ntate ka eena. Ha e le mona re e-na le kutloisiso ena ea motheo ea hore na ke hobane’ng ha Jesu e le eena feela eo re ka atamelang Jehova ka eena, joale a re ke re tšohleng seo Jesu a neng a se bolela ha a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.”—Johanne 14:6.
“Ke ’na Tsela”
11. (a) Ke hobane’ng ha e le ka Jesu feela re ka bang le kamano e amohelehang le Molimo? (b) Mantsoe a tlalehiloeng ho Johanne 14:6 a totobatsa boemo bo ikhethang ba Jesu joang?
11 Re se re ithutile hore ha ho na mokhoa oo batho ba ka atamelang Molimo ka oona haese ka Jesu. A re hlahlobisiseng seo sena se se bolelang ho rōna. Jesu ke “tsela” ka hore ke ka eena feela re ka bang le kamano e amohelehang le Molimo. Ka tsela efe? Ka ho lula a tšepahala ho isa lefung, Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo. (Matheu 20:28) Ha e ne e se ka tokisetso ena ea thekollo, re ne re ke ke ra khona ho atamela Molimo. Sebe se baka lekhalo pakeng tsa Molimo le batho, kaha Jehova oa halalela ’me a ke ke a lumella sebe le ka le baliloeng. (Esaia 6:3; 59:2) Empa sehlabelo sa Jesu se ile sa koala lekhalo leo; sa koahela libe ka tsela e hlokahalang. (Baheberu 10:12; 1 Johanne 1:7) Haeba re amohela tokisetso eo Molimo a e entseng ka Kreste ’me re lumela ho eona, re ka ba ba amohelehang ho Jehova. Ka sebele, ha ho tsela e ’ngoe eo re ka ‘boelanngoang le Molimo’ ka eona.—Baroma 5:6-11.
12. Jesu ke “tsela” ka kutloisiso efe?
12 Jesu ke “tsela” ha ho tluoa tabeng ea thapelo. Ke ka Jesu feela re ka eang ho Jehova ka thapelo re kholisehile hore likōpo tsa rōna tse matla tse tsoang botebong ba pelo li tla utluoa. (1 Johanne 5:13, 14) Jesu o ile a re: “Haeba le kōpa Ntate ntho leha e le efe o tla le fa eona ka lebitso la ka. . . . Kōpang ’me le tla amohela, e le hore thabo ea lōna e ka ba e feletseng.” (Johanne 16:23, 24) Ka ho loketseng, re ka atamela Jehova ka thapelo ka lebitso la Jesu ’me ra Mo bitsa “Ntat’a rōna.” (Matheu 6:9) Jesu ke “tsela” ka kutloisiso e ’ngoe hape—e leng ka mohlala oa hae. Joalokaha ho bontšitsoe pejana, Jesu o etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng. Kahoo mohlala oa Jesu o re bontša tsela eo re lokelang ho phela ka eona e le hore re khahlise Jehova. E le hore re atamele Jehova, re lokela ho hata mohlaleng oa Jesu.—1 Petrose 2:21.
“Ke ’na . . . ’Nete”
13, 14. (a) Jesu o ne a bua ’nete joang? (b) E le hore Jesu e be “’nete,” o ne a lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?
13 Jesu o ne a bua ’nete kamehla ka lentsoe la Ntate oa hae la boprofeta. (Johanne 8:40, 45, 46) Ha ho thetso e kileng ea fumanoa molomong oa Jesu. (1 Petrose 2:22) Esita le bahanyetsi ba hae ba ile ba lumela hore o ne a ruta “tsela ea Molimo tumellanong le ’nete.” (Mareka 12:13, 14) Empa ha Jesu a ne a re “ke ’na . . . ’nete,” o ne a sa bue feela ka taba ea hore o ne a tsebahatsa ’nete ha a bua, ha a paka le ha a ruta. Ho ne ho ameha ho hongata ho feta ho bua feela.
14 Hopola hore lilemo tse makholo esale pele, Jehova o ne a ile a bululela bangoli ba Bibele hore ba tlalehe boprofeta bo bongata bo buang ka Mesia, kapa Kreste. Boprofeta bona bo ile ba bolela esale pele lintlha tse mabapi le bophelo ba hae, tšebeletso ea hae le lefu la hae. Ho feta moo, Molao oa Moshe o ne o e-na le liriti, kapa boprofeta bo neng bo supa Mesia. (Baheberu 10:1) Na Jesu o ne a tla tšepahala ho isa lefung, ka tsela eo a phethahatse lintho tsohle tse profetiloeng ka eena? Ho phethahala ha tsona ke hona feela ho neng ho tla paka hore Jehova ke Molimo oa boprofeta ba ’nete. Boikarabelo boo bo boima bo ne bo le mahetleng a Jesu. Ka tsela eo a ileng a phela ka eona—ka sohle seo a ileng a se bua le seo a ileng a se etsa—Jesu o ile a phethahatsa boprofeta. (2 Bakorinthe 1:20) Kahoo, Jesu e ne e le “’nete.” Ho ne ho tšoana leha eka ’nete ea lentsoe la Jehova la boprofeta e bile ea sebele ha Jesu a fihla.—Johanne 1:17; Bakolose 2:16, 17.
“Ke ’na . . . Bophelo”
15. Ho bontša tumelo ho Mora ho bolela’ng, hona ho ka lebisa hokae?
15 Jesu ke “bophelo,” kaha ke ka eena feela re ka fumanang bophelo—ke hore “bophelo ba sebele.” (1 Timothea 6:19) Bibele e re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae.” (Johanne 3:36) Ho bontša tumelo ho Mora oa Molimo ho bolela’ng? Ho bolela hore re kholisehile hore re ke ke ra fumana bophelo kantle ho eena. Ho feta moo, ho bolela hore re bontša tumelo ka mesebetsi, re tsoela pele ho ithuta ho Jesu le ho etsa sohle se matleng a rōna ho latela lithuto tsa hae le mohlala oa hae. (Jakobo 2:26) Kahoo, ho bontša tumelo ho Mora oa Molimo ho lebisa bophelong bo sa feleng—e leng bophelo ba moea ba ho se shoe leholimong bakeng sa “mohlatsoana” oa Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea le bophelo bo phethahetseng paradeiseng lefatšeng bakeng sa “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.”—Luka 12:32; 23:43; Tšenolo 7:9-17; Johanne 10:16.
16, 17. (a) Jesu e tla ba “bophelo” joang ho ba shoeleng? (b) Re ka kholiseha ka eng?
16 Ho thoe’ng ka ba shoeleng? Jesu ke “bophelo” le ho bona. Nakoana pele a tsosa motsoalle oa hae Lazaro bafung, Jesu o ile a re ho Maretha, khaitseli ea Lazaro: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.” (Johanne 11:25) Jehova o file Mora oa hae “linotlolo tsa lefu le tsa Hadese,” o mo file matla a ho tsosa bafu. (Tšenolo 1:17, 18) Ka linotlolo tseo, Jesu ea tlotlisitsoeng o tla notlolla liheke tsa Hadese ’me kahoo a lokolle bohle ba lebitleng le tloaelehileng la moloko oa batho.—Johanne 5:28, 29.
17 “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo”—ka mantsoe ana a bonolo, Jesu o ile a akaretsa morero oa bophelo ba hae le tšebeletso ea hae lefatšeng. Mantsoe ao a bolela ho hongata ho rōna kajeno. Hopola hore ha Jesu a qeta ho bua mantsoe ao, o ile a re: “Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) Mantsoe ao a Jesu a ntse a sebetsa le kajeno feela joalokaha a ne a sebetsa ha a ne a a bua. Kahoo re ka kholiseha hore haeba re latela Jesu, ha ho mohla re tla lahla tsela. Ke eena feela ea tla re bontša tsela e eang ho “Ntate.”
U Tla Arabela Joang?
18. Ho ba balateli ba Jesu ba ’nete ho akarelletsa eng?
18 Re na le lebaka le utloahalang la ho latela Mora ha re nahana ka karolo ea bohlokoa eo Jesu a e phethang le kamoo a tsebang Ntate ka botlalo kateng. Joalokaha re bone khaolong e fetileng, ho ba balateli ba Jesu ba ’nete ho akarelletsa liketso, eseng lipuo kapa maikutlo feela. Ho latela Kreste ho akarelletsa ho latela lithuto tsa hae le ho etsisa mohlala oa hae bophelong ba rōna. (Johanne 13:15) Buka ena eo u ntseng u e bala hona joale e tla u thusa boikemisetsong boo.
19, 20. Buka ee e fupere eng e ka u thusang boikemisetsong ba hao ba ho latela Kreste?
19 Likhaolong tse latelang, re tlil’o ithuta ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae ka hloko. Likhaolo tsena li arotsoe ka likarolo tse tharo. Karolong ea pele, re tla tšohla litšobotsi tsa hae le tsela eo a neng a etsa lintho ka eona. Karolong ea bobeli, re tla hlahloba mohlala oa hae oa kamoo a neng a paka ka cheseho le kamoo a neng a ruta ka cheseho kateng. Karolong ea boraro, re tla hlahloba kamoo a bonahalitseng lerato kateng. Ho qala ka Khaolo ea 3, ho na le lebokose la lipotso le reng “U ka Latela Jesu Joang?” Litemana le lipotso tse bontšitsoeng moo li reretsoe ho re thusa ho thuisa kamoo re ka etsisang Jesu kateng ka seo re se buang le seo re se etsang.
20 Ka thuso ea Jehova Molimo, ha ho hlokahale hore u lahlehe, u ikutloe u arohile ho eena ka lebaka la sebe se futsitsoeng. Le hoja Jehova a ile a lahleheloa haholo, ka lerato o ile a romela Mora oa hae hore a re bontše tsela ea ho ba le kamano e amohelehang le Molimo. (1 Johanne 4:9, 10) E se eka u ka susumelletseha ho ananela lerato leo le tebileng ka hore u amohele memo ea Jesu le hore u etse seo memo eo e se khothalletsang ha e re: “E-ba molateli oa ka.”—Johanne 1:43.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Karolo eo Mora a e phethang ke ea bohlokoa hoo Bibele e mo fang mabitso le litlotla tse ngata tsa boprofeta.—Bona lebokose le leqepheng la 23.
b Ka mohlala, bona mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 10:29-31; 18:12-14, 21-35; 22:36-40.
[Lebokose le leqepheng la 23]
Tse Ling Tsa Litlotla Tse Fuoeng Jesu Kreste
Amen (e bolelang “a ho be joalo,” kapa “ka sebele”). Ke Eena eo litšepiso tsa Molimo li phethahalang ka eena.—2 Bakorinthe 1:19, 20.
Ntate oa ka ho sa Feleng. Jehova o mo file matla le bolaoli e le hore a fe batho tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ba phethahetse.—Esaia 9:6.
Moprista ea Phahameng. A ka re hloekisa sebeng le ho re lokolla liphellong tse bolaeang tsa sebe.—Baheberu 3:1; 9:13, 14, 25, 26.
Morena oa marena. E le Morena oa leholimo ea khethiloeng ke Molimo, Jesu o matla ho feta ’musi leha e le ofe oa lefatše.—Tšenolo 17:14.
Khosana ea Khotso. E le ’Musi oa ’Muso oa Molimo, Jesu o tla tlisa khotso e tla akaretsa lefatše lohle le e ke keng ea fela.—Esaia 9:6.
Moeletsi ea Hlollang. Kamehla keletso ea Jesu e molemo ’me e phethahetse. Ho e latela ho isa polokong.—Esaia 9:6; Johanne 6:68.
Lentsoe. Ke ’Muelli oa Jehova.—Johanne 1:1.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
“E-ba molateli oa ka”