Khaolo ea 7
Ho Bolela “Litaba Tse Molemo Mabapi le Jesu”
Filipi o beha mohlala o motle e le moevangeli
E Thehiloe ho Liketso 8:4-40
1, 2. Boiteko ba ho koala batho ba Molimo molomo bo ile ba ba le phello efe e sa lebelloang lekholong la pele la lilemo?
HO TSOHILE mahloriso a sehlōhō, ’me Saule o qala ho “tšoara phutheho hampe”—ka puo ea pele sena se bolela tšoaro e sehlōhō. (Lik. 8:3) Barutuoa baa baleha, ’me ba bang ba ka ’na ba bona eka morero oa Saule oa ho felisa Bokreste o tla atleha. Leha ho le joalo, ho hasana ha Bakreste ho ba le liphello tse sa lebelloang. Ke life?
2 Ba hasaneng ba qala ho “bolela litaba tse molemo tsa lentsoe” linaheng tseo ba balehetseng ho tsona. (Lik. 8:4) Nahana feela! Mahloriso ha aa hlōleha feela ho koala batho ba Molimo molomo empa ha e le hantle a thusitse ho phatlalatsa molaetsa! Ka ho hasanya barutuoa, ba sa ikemisetsa bahlorisi ba entse hore mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o namele libakeng tse hōle. Joalokaha re tla bona, ho etsahetse se tšoanang mehleng ena.
“Ba Neng ba Hasane” (Liketso 8:4-8)
3. (a) Filipi ke mang? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ne ba e-s’o utloe litaba tse molemo Samaria, empa Jesu o ne a profetile hore ho tla etsahala’ng sebakeng seo?
3 Filipi ke e mong oa “ba neng ba hasane.”a (Lik. 8:4; sheba lebokose la sehlooho se reng “Filipi ‘Moevangeli,’” leqepheng la 53.) O ile a ea Samaria, e leng motse oo ho oona batho ba bangata ba neng ba e-s’o utloe litaba tse molemo, hobane Jesu o ne a kile a re ho baapostola: “Le se ke la kena motseng oa Basamaria; empa, ho e-na le hoo, le tsoele pele le ea linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.” (Mat. 10:5, 6) Leha ho le joalo, Jesu o ne a tseba hore ka mor’a nako bopaki bo phethahetseng bo ne bo tla fihla Samaria, hobane pele a nyolohela leholimong, o ile a re: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Lik. 1:8.
4. Basamaria ba etsa’ng ha Filipi a ba bolella litaba tse molemo, hona e ka ’na eaba ba susumelitsoe ke’ng hore ba etse joalo?
4 Filipi o ile a hlokomela hore Samaria e “soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Molaetsa oa hae o ile oa khatholla batho ba lulang moo, ’me e le ka lebaka le utloahalang. Bajuda ba ne ba sa okhelane mollo le Basamaria, ’me ba bangata ba bile ba ba nena. Ka lehlakoreng le leng, Basamaria ba ile ba hlokomela hore molaetsa oa litaba tse molemo ha o khethe, ’me o fapane haholo le monahano oa Bafarisi ba leeme. Ka ho pakela Basamaria ka cheseho le ka ho hloka leeme, Filipi o ile a bontša hore ha aa tšoaetsoa ke khethollo ea ba neng ba ba khella fatše. Kahoo, ha ho makatse hore ebe litiletile tsa Basamaria li ile tsa mamela Filipi ka “tumellano.”—Lik. 8:6.
5-7. Bolela mehlala ea kamoo ho hasana ha Bakreste ho thusitseng hore litaba tse molemo li phatlalatsoe.
5 Joaloka lekholong la pele la lilemo, le kajeno mahloriso ha aa koala batho ba Molimo molomo. Khafetsa, ha Bakreste ba qobelloa ho fallela sebakeng se seng—ebang ba tsoa teronkong kapa naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe—seo se ba thusitse ho bolella batho ba sebakeng seo se secha molaetsa oa ’Muso. Ka mohlala, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa fana ka bopaki bo matla likampong tsa mahloriso tsa Manazi. Mojuda e mong ea ileng a kopana le Lipaki likampong tseo tsa mahloriso, o re: “Sebete sa batšoaruoa bao e neng e le Lipaki Tsa Jehova se ile sa nkholisa hore tumelo ea bona e thehiloe Mangolong—’me le ’na ka ba Paki.”
6 Maemong a mang, esita le bahlorisi ba ile ba amohela molaetsa ’me ba nka khato. Ka mohlala, ha Paki e bitsoang Franz Desch a isoa kampong ea mahloriso ea Gusen, Austria, o ile a khona ho khannela lesole la SS thuto ea Bibele. Nahana feela hore na ba ile ba thaba hakaakang ka mor’a lilengoana ha ba teana kopanong ea Lipaki Tsa Jehova ’me bobeli ba bona e le baboleli ba litaba tse molemo!
7 Ho etsahetse ntho e tšoanang ha mahloriso a etsa hore Bakreste ba balehele linaheng tse ling. Ka mohlala, lilemong tsa bo-1970, Lipaki tsa Malawi li ile tsa fana ka bopaki bo matla Mozambique ha li balehetse teng. Esita leha ho tsoha khanyetso hamorao Mozambique, mosebetsi oa boboleli o ile oa tsoela pele. Francisco Coana o re: “Ke ’nete hore ba bang ba rōna ba ile ba tšoaroa ka makhetlo a ’maloa ka lebaka la mosebetsi oa rōna oa boboleli. Leha ho le joalo, ha ba bangata ba amohela molaetsa oa ’Muso, re ile ra kholiseha hore re thusoa ke Molimo, feela joalokaha a ile a thusa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo.”
8. Maemo a lipolotiki le a moruo a bile le phello efe mosebetsing oa boboleli?
8 Ke ’nete hore mahloriso hase ’ona feela a entseng hore Bokreste bo namele linaheng tse ling. Lilemong tse mashome tsa morao tjena, liphetoho tsa lipolotiki le tsa moruo li butse menyetla ea hore molaetsa oa ’Muso o fihle ho batho ba lipuo le lichaba tse ngata. Ba bang ba tsoang linaheng tse tsekolotsoeng ke lintoa le tse futsanehileng ba balehetse libakeng tse batlang li tsitsitse ’me ba qala ho ithuta Bibele linaheng tseo ba balehetseng ho tsona. Ho fihla ha baphaphathehi ba bangata ho entse hore ho be le masimo a batho ba buang lipuo tsa linaha tse ling. Motseng oa San Diego, California, U.S.A., ho buuoa lipuo tse fetang lekholo, ’me ho thehiloe liphutheho tse ngata tsa Lipaki Tsa Jehova tsa batho ba buang lipuo tsa linaheng tse ling. Na u ikitlaelletsa ho pakela batho ba tšimong ea heno ba tsoang “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle”?—Tšen. 7:9.
“Le ’na Mpheng Matla Ana” (Liketso 8:9-25)
9. Simone e ne e le mang, hona e ka ’na eaba ke eng e ileng ea etsa hore a thahaselle Filipi?
9 Filipi o ile a etsa lipontšo tse ngata Samaria. Ka mohlala, o ile a phekola batho ba holofetseng a ba a leleka meea e khopo. (Lik. 8:6-8) Monna e mong o ile a khahloa haholo ke mehlolo eo Filipi a neng a e etsa. Monna eo ke Simone, ea neng a e-na le tsebo ea boselamose ’me a nkeloa holimo hoo batho ba neng ba re ka eena: “Monna enoa ke Matla a Molimo.” Simone o ile a bona matla a ’nete a Molimo, a pakoang ke mehlolo e etsoang ke Filipi, ’me ea e-ba molumeli. (Lik. 8:9-13) Leha ho le joalo, ho na le teko e ileng ea senola hore na Simone o ne a susumetsoa ke eng. Ke efe?
10. (a) Petrose le Johanne ba ile ba etsa’ng Samaria? (b) Simone o ile a etsa’ng ha a bona barutuoa ba bacha ba amohela moea o halalelang ha Petrose le Johanne ba beha matsoho holim’a bona?
10 Ha baapostola ba lemoha hore ho na le keketseho Samaria, ba ile ba romela Petrose le Johanne moo. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Petrose o Sebelisa ‘Linotlolo Tsa ’Muso,’” leqepheng lena.) Ha baapostola bao ba babeli ba fihla, ba ile ba beha matsoho holim’a barutuoa ba bacha, eaba e mong le e mong oa bona o fumana moea o halalelang.b Ha Simone a bona sena, o ile a hlolloa. A re ho baapostola: “Le ’na mpheng matla ana, e le hore leha e le mang eo ke behang matsoho a ka holim’a hae a ka amohela moea o halalelang.” Simone o bile a ba tšepisa chelete, a nahana hore a ka reka matla ana a tsoang ho Molimo!—Lik. 8:14-19.
11. Petrose o re’ng ha a khalemela Simone, hona Simone o re’ng?
11 Petrose o ile a khalemela Simone ka matla. Moapostola Petrose o ile a re ho eena: “E se eka silevera ea hao e ka timela le uena, hobane u nahanne ho rua mpho e sa lefelloeng ea Molimo ka chelete. Ha u na karolo kapa kabelo tabeng ena, kaha pelo ea hao ha ea loka mahlong a Molimo.” Eaba Petrose o eletsa Simone hore a bake ’me a rapelle hore a tšoareloe. Petrose a re: “[Etsa] thapeli ho Jehova e le hore, haeba ho ka khoneha, u ka tšoareloa morero oa bolotsana oa pelo ea hao.” Ho hlakile hore Simone e ne e se motho ea khopo; o ne a batla ho etsa se nepahetseng, o ile a mpa a re khiri! feela. Kahoo o ile a ipiletsa ho baapostola, a re: “Lōna, nketsetseng thapeli ho Jehova e le hore ho se ke ha e-ba le letho la lintho tseo le li boletseng le ka ntlelang.”—Lik. 8:20-24.
12. “Bosimone” ke eng, hona leraba lee le tšoasitse Bokreste-’mōtoana joang?
12 Tsela eo Petrose a ileng a khalemela Simone ka eona ke temoso ho Bakreste kajeno. Ha e le hantle, lentsoe la Senyesemane “simony” (bosimone) le qapiloe ka lebaka la ketsahalo ena. Bosimone bo bolela ho reka kapa ho rekisa maemo, haholo-holo a bolumeli. Ho na le mehlala e mengata ea mokhoa ona bolumeling ba bokoenehi ba Bokreste-’mōtoana. Ha e le hantle, khatiso ea borobong ea The Encyclopædia Britannica (1878) e re: “Ha seithuti se hlahloba tlaleho ea ho khethoa ha Bapapa se fihlela qeto ea hore ha ho likhetho tse kileng tsa etsoa ho se na bosimone, ’me maemong a mangata bosimone bo etsoang likhethong e bile bo bobe ka ho fetisisa, bo soabisang ka ho fetisisa le bo totobetseng ka ho fetisisa.”
13. Bakreste ba tlameha ho qoba bosimone ka litsela life?
13 Bakreste ba tlameha ho qoba sebe sa bosimone. Ka mohlala, ha baa lokela ho leka ho fumana menyetla ka ho fana ka limpho tse ngata kapa thoriso e feteletseng ho bao ho bonahalang eka ba ka khona ho fana ka boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Ka lehlakoreng le leng, bao ho nkoang hore ba boemong ba ho fa ba bang menyetla ba lokela ho qoba ho ba leeme ’me ba se ke ba e fa batho ba ruileng feela. Maemo ana ka bobeli ke bosimone. Ka sebele, bahlanka bohle ba Molimo ba lokela ho itšoara joaloka ‘ba banyenyane,’ ba emele moea oa Jehova hore o ba fe boikarabelo bo khethehileng. (Luka 9:48) Batho ba lekang ho ‘ipatlela khanya’ ha ba amohelehe mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo.—Liprov. 25:27.
“Na U Tseba Seo U se Balang?” (Liketso 8:26-40)
14, 15. (a) “Leqhalaha la Moethiopia” e ne e le mang, hona Filipi o le fumane joang? (b) Monna oa Moethiopia o ile a etsa’ng ha a utloa molaetsa oa Filipi, hona ke hobane’ng ha ho kolobetsoa ha hae e ne e se ha lepotlapotla? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
14 Lengeloi la Jehova la laela Filipi hore a tsamaee ka tsela e tlohang Jerusalema e eang Gaza. Haeba Filipi o ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha a lokela ho ea moo, o ile a fumana karabo kapele hoba a kopane le leqhalaha la Moethiopia le neng le “balla holimo moprofeta Esaia.” (Sheba lebokose la sehlooho se reng “E ne e le ‘Leqhalaha’ ka Tsela Efe?” leqepheng la 57.) Moea o halalelang oa Jehova o ile oa susumelletsa Filipi hore a ee koloing ea monna eo. Ha a ntse a matha haufi le eona, o ile a botsa Moethiopia eo, a re: “Na u tseba seo u se balang?” Moethiopia a araba ka ho re: “Nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?”—Lik. 8:26-31.
15 Moethiopia o ile a re Filipi a palame koloi. Nahana feela hore na ba ile ba bua ka eng! E ne e bile sephiri ka nako e telele hore na “nku,” kapa “mohlanka,” eo ho buuoang ka eena boprofeteng ba Esaia ke mang. (Esa. 53:1-12) Empa, ha ba ntse ba tsamaea, Filipi o ile a hlalosetsa leqhalaha la Moethiopia hore boprofeta bona bo phethahetse ho Jesu Kreste. Joaloka batho ba ileng ba kolobetsoa ka Pentekonta ea 33 C.E., Moethiopia eo—ea neng a se a sokolohetse Bojudeng—o ne a tseba hantle hore na o lokela ho etsa’ng. O ile a re ho Filipi: “Bona! Metsi; ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?” Filipi o ile a kolobetsa Moethiopia eo ntle ho tšenyo ea nako!c (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Ho Kolobetsoa ‘Metsing.’”) Ka mor’a moo, moea oa Jehova o ile oa isa Filipi kabelong e ncha Ashdode, moo a ileng a tsoela pele ho bolela litaba tse molemo.—Lik. 8:32-40.
16, 17. Mangeloi a phetha karolo efe mosebetsing oa boboleli kajeno?
16 Kajeno Bakreste ba na le tlotla ea ho etsa mosebetsi o kang o neng o etsoa ke Filipi. Hangata, ba ba le monyetla oa ho bolela molaetsa oa ’Muso ho batho bao ba kopanang le bona ba sa rera, mohlomong ha ba le leetong. Maemong a mangata, hoa hlaka hore hase ka tsietsi ba kopaneng le motho ea thahasellang litaba tse molemo. Ha ho makatse, etsoe Bibele e bontša ka ho hlaka hore re tataisoa ke mangeloi mosebetsing oa boboleli e le hore molaetsa o ka fihla “ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšen. 14:6) Jesu o hlile a profeta hore mangeloi a tla re tataisa mosebetsing oa boboleli. Papisong ea hae ea koro le mofoka, Jesu o ile a re nakong ea kotulo—e leng qetellong ea tsamaiso ea lintho—“bakotuli ke mangeloi.” O ile a phaella ka ho re libōpuoa tsena tsa moea li ne li tla “bokellela ka ntle ho ’muso oa hae lintho tsohle tse bakang ho khoptjoa le batho ba etsang tlōlo ea molao.” (Mat. 13:37-41) Ka nako e tšoanang, mangeloi a ne a tla bokella bao e tla ba majalefa a ’Muso leholimong—’me hamorao a bokelle “bongata bo boholo” ba “linku tse ling”—bao Jehova a batlang ho ba hulela ka mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng.—Tšen. 7:9; Joh. 6:44, 65; 10:16.
17 Bopaki ba hore sena sea etsahala ke hore batho ba bang bao re buisanang le bona tšebeletsong ea rōna ba re ba ne ba ntse ba rapella thuso ea Molimo. Nahana ka phihlelo e ’ngoe ea bahoeletsi ba ’Muso ba babeli ba neng ba tsamaea le ngoana. Lipaki tsena tse peli li ne li itokisetsa ho chaisa, empa ngoana eo o ne a hlile a chesehela ho ea ntlong e latelang. Ha e le hantle, o ile a tsamaea a le mong, a fihla a kokota monyako! Ha mofumahatsana ea itseng a bula monyako, Lipaki tseo tse peli tsa atamela ’me tsa bua le eena. Li ile tsa makala ha mosali eo a li bolella hore o ne a sa tsoa rapella hore a eteloe ke motho ea ka mo thusang ho utloisisa Bibele. Li ile tsa lokisetsa hore a khanneloe thuto ea Bibele!
18. Ke hobane’ng ha le ka mohla re sa lokela ho nka tlotla ea rōna hasesaane?
18 Kaha u setho sa phutheho ea Bakreste, u na le tlotla ea ho sebetsa hammoho le mangeloi ha mosebetsi oa boboleli o etsoang mehleng ea rōna o ntse o hōla ho feta leha e le neng pele. Le ka mohla u se ke ua nka tlotla eo hasesaane. U tla thaba haholo ha u phehella ho phatlalatsa “litaba tse molemo mabapi le Jesu.”—Lik. 8:35.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mona ha ho buuoe ka moapostola Filipi. Ho e-na le hoo, joalokaha ho boletsoe Khaolong ea 5 ea buka ena, ke Filipi ea neng a le har’a “banna ba supileng ba pakiloeng” ba neng ba khethiloe hore ba hlokomele mosebetsi oa ho aba lijo tsa letsatsi le letsatsi har’a bahlolohali ba Bakreste ba buang Segerike le Seheberu Jerusalema.—Lik. 6:1-6.
b Kamoo ho bonahalang kateng, ka nako eo ho ne ho tloaelehile hore barutuoa ba bacha ba tlotsoe ka moea o halalelang kapa ba o fumane ha ba kolobetsoa. Sena se ne se ba fa tšepo ea hore ba tla busa le Jesu e le marena le baprista leholimong. (2 Bakor. 1:21, 22; Tšen. 5:9, 10; 20:6) Leha ho le joalo, boemong bona, barutuoa bana ba bacha ha baa ka ba tlotsoa ha ba kolobetsoa. Bakreste bao ba sa tsoa kolobetsoa ba ile ba amohela moea o halalelang le matla a ho etsa mehlolo ka mor’a hore Petrose le Johanne ba behe matsoho holim’a bona.
c Monna eo ha aa ka a nka khato ena ka lepotlapotla. Kaha Moethiopia eo o ne a sokolohetse Bojudeng, o ne a se a ntse a tseba Mangolo, ho akarelletsa le boprofeta bo buang ka Mesia. Kaha joale o ne a se a tseba hore na Jesu o phetha karolo efe morerong oa Molimo, o ne a ka kolobetsoa ntle ho tšenyo ea nako.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 53]
FILIPI “MOEVANGELI”
Ha mahloriso a etsa hore balateli ba Kreste ba hasane hohle, Filipi o ile a ea Samaria. Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a sebelisana le sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo, hobane “ha baapostola Jerusalema ba utloa hore Basamaria ba ne ba amohetse lentsoe la Molimo, ba [ile ba] romela Petrose le Johanne ho bona.” Sena sa fella ka hore barutuoa ba bacha ba moo ba fumane mpho ea moea o halalelang.—Lik. 8:14-17.
Ka mor’a liketsahalo tse boletsoeng ho Liketso khaolo ea 8, ho buuoa ka Filipi hanngoe feela. Lilemo tse ka bang 20 ka mor’a hore Filipi a bolele litaba tse molemo ka lekhetlo la pele, moapostola Pauluse le bo-mphat’oa hae ba ile ba ea Jerusalema qetellong ea leeto la boraro la Pauluse e le moromuoa. Ba ile ba theoha Ptolemaise. Luka o re: “Letsatsing le hlahlamang ra tsoa eaba re fihla Cesarea, ’me ra kena ka tlung ea Filipi moevangeli, eo e neng e le e mong oa banna ba supileng, ’me ra lula le eena. Monna enoa o ne a e-na le barali ba bane, baroetsana, ba neng ba profeta.”—Lik. 21:8, 9.
Ho bonahala eka Filipi o ne a lula tšimong eo a e abetsoeng ’me a e-na le lelapa. Hoa thahasellisa hore ebe Luka o re ke “moevangeli.” Mangolo a sebelisa lentsoe lena ha a hlalosa batho ba tlohetseng mahae a bona hore ba e’o bolela litaba tse molemo libakeng tse e-s’o sebetsoe. Kahoo ho hlakile hore Filipi o ile a lula a chesehela tšebeletso. Hape, hore ebe Filipi o ne a e-na le barali ba bane ba profetang ho bontša hore ruri o ile a ruta lelapa la hae hore le rate Jehova ’me le mo sebeletse.
[Lebokose le leqepheng la 56]
PETROSE O SEBELISA “LINOTLOLO TSA ’MUSO”
Jesu o ile a re ho Petrose: “Ke tla u fa linotlolo tsa ’muso oa maholimo.” (Mat. 16:19) Jesu o ne a bolela’ng? Hore ebe o buile ka “linotlolo” ho bontša hore Petrose o ne a tla etsa hore lihlopha tse itseng li be le tsebo le monyetla oa ho kena ’Musong oa Bomesia. Petrose o ile a sebelisa linotlolo tsee neng?
● Petrose o ile a sebelisa senotlolo sa pele ka Pentekonta ea 33 C.E. ha a khothalletsa Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng hore ba bake ’me ba kolobetsoe. Batho ba ka bang 3 000 ba ile ba etsa joalo ’me ba tšoaeloa ho ba majalefa a ’Muso.—Lik. 2:1-41.
● Senotlolo sa bobeli se ile sa sebelisoa nakoana ka mor’a hore Setefane a bolaeloe tumelo. Khetlong lena, Petrose le Johanne ba ile ba beha matsoho holim’a Basamaria ba sa tsoa kolobetsoa, eaba ba amohela moea o halalelang.—Lik. 8:14-17.
● Petrose o ile a sebelisa senotlolo sa boraro ka 36 C.E. Selemong seo o ile a fa Balichaba ba sa bollang monyetla oa hore ba be le tšepo ea ho fumana lefa leholimong. Sena se etsahetse ha a pakela Korneliase, e leng Molichaba oa pele ea sa bollang eo e ileng ea e-ba morutuoa oa Mokreste.—Lik. 10:1-48.
[Lebokose le leqepheng la 57]
E NE E LE “LEQHALAHA” KA TSELA EFE?
Lentsoe la Segerike eu·nouʹkhos, le fetoletsoeng e le “leqhalaha,” le ka bolela motho ea ke keng a khona ho ba le bana kapa molaoli ea phahameng oa lekhotla. E ka ’na eaba balaoli ba lekhotla ba hlokomelang basali ba morena ba ne ba hlile ba faoloa, empa ho ne ho sa hlokoe hore balaoli ba bang ba faoloe, joaloka moqhatsetsi oa morena kapa mohlokomeli oa matlotlo. Ho hlakile hore leqhalaha la Moethiopia leo Filipi a ileng a le kolobetsa e ne e le molaoli ea joalo, hobane o ne a hlokomela matlotlo a morena. Ha e le hantle, ho ka thoe e ne e le letona la lichelete.
Moethiopia eo e ne e boetse e le mosokolohi—ka mantsoe a mang, e ne e se Mojuda empa o ne a amohetse borapeli ba Jehova. Ha e le hantle, o ne a tsoa Jerusalema moo a neng a il’o rapela. (Lik. 8:27) Ka lebaka leo, re ka etsa qeto ea hore Moethiopia eo e ne e se leqhalaha le faotsoeng, hobane Molao oa Moshe o ne o sa lumelle banna ba faotsoeng hore e be karolo ea phutheho ea Iseraele.—Deut. 23:1.
[Lebokose le leqepheng la 58]
HO KOLOBETSOA ‘METSING’
Bakreste ba kolobetsoa joang? Ba bang ba lumela hore ho tšela kapa ho fafatsa motho ka metsi phatleng ho lekane. Leha ho le joalo, leqhalaha la Moethiopia le ile la kolobetsoa ka ‘metsing.’ Bibele e re: “Ka bobeli ba theohela ka metsing, Filipi le leqhalaha.” (Lik. 8:36, 38) Haeba ho ne ho hlokahala feela hore leqhalaha leo le tšeloe kapa le fafatsoe ka metsi, ho ne ho ke ke ha hlokahala hore le emise koloi ea lona pel’a metsi. Esita le metsi a fokolang feela, mohlomong a ka lekukeng, a ne a tla lekana. Ha e le hantle, mohlomong o ne a nkile lekuka hobane a tsamaea ‘tseleng e sa tsamauoeng.’—Lik. 8:26.
Ho ea ka A Greek-English Lexicon, ea Liddell le Scott, lentsoe la Segerike, e leng ba·ptiʹzo—leo lentsoe la Senyesemane “baptize” le tsoang ho lona—le bolela “ho qoelisa, ho kenya ka metsing ka ho feletseng.” Litemana tsa Bibele tse buang ka kolobetso li lumellana le tlhaloso ena. Johanne 3:23 e re Johanne “o ne a kolobetsa Aenone haufi le Salime, hobane ho ne ho e-na le metsi a mangata moo.” Ka ho tšoanang, tlaleho e buang ka kolobetso ea Jesu e re: “Ha [Jesu] a nyoloha a tsoa ka metsing a bona maholimo a ntse a aroha.” (Mar. 1:9, 10) Kahoo, ka tšoanelo Bakreste ba ’nete ba kolobetsoa ka ho qoelisoa ka ho feletseng ka metsing.
[Setšoantšo se leqepheng la 54]
“Joale ha Simone a bona hore moea o ne o fanoa ka ho behoa ha matsoho a baapostola, a re o ba fa chelete.”—Liketso 8:18
[Setšoantšo se leqepheng la 59]
“Molimo, le hoja ke sa u tsebe, ke kōpa u nthuse”