Khaolo ea 8
Phutheho “ea Kena Nakong ea Khotso”
Saule, ea neng a hlorisa Bakreste ka sehlōhō, o fetoha ’moleli ea chesehang
E Thehiloe ho Liketso 9:1-43
1, 2. Saule o ne a ikemiselitse ho etsa eng Damaseka?
BANNA ba hlokofetseng ba atamela Damaseka moo ba rerileng ho etsa bokhopo! Ba tla ntša barutuoa ba Jesu malapeng ka ntšoe li sa fohloa, ba ba tlame, ba ba hobose ebe ba ba hulanyetsa Jerusalema ho ea ahloloa ke lekhotla la Sanhedrine.
2 Saule, moeta-pele oa sehlopha sena o se a ntse a le mali matsohong.a Nakoana pele ho mona, o ne a thabetse ho bona ha batho ba chesehelang bolumeli joaloka eena ba tlepetsa Setefane ka majoe. Setefane e ne e le morutuoa oa Jesu ea inehetseng. (Lik. 7:57–8:1) Kaha Saule ha aa khotsofalla ho hlorisa balateli ba Jesu ba lulang Jerusalema, o hlohlelletsa hore ba hlorisoe le libakeng tse ling. O batla ho fiela lequloana lena le lenyokonyane le bitsoang “Tsela Eo.”—Lik. 9:1, 2; sheba lebokose la sehlooho se reng “Matla ao Saule a Neng a E-na le ’Ona Damaseka,” leqepheng la 61.
3, 4. (a) Saule o ile a etsahalloa ke eng? (b) Re tla tšohla lipotso life?
3 Ka tšohanyetso, leseli le khanyang le potoloha Saule. Ba tsamaeang le eena ba bona leseli empa ba ema tlekelele! Saule oa foufala ’me o oela fatše. Saule ha a sa bona, ’me o utloa lentsoe le tsoang leholimong le re: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng?” Saule o maketse, ’me o re: “U mang, Morena?” E tlameha ebe karabo eo Saule a e fumanang e mo tšosa haholo: “Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.”—Lik. 9:3-5; 22:9.
4 Re ka ithuta eng mantsoeng a pele ao Jesu a a bolellang Saule? Ho hlahloba se ileng sa etsahala ha Saule a sokoloha ho ka re tsoela molemo joang? Seo phutheho e ileng ea se etsa ha ho e-ba le nako ea khotso ka mor’a hore Saule a sokolohe se re ruta eng?
“U Ntlhorisetsa’ng?” (Liketso 9:1-5)
5, 6. Re ka ithuta eng mantsoeng ao Jesu a ileng a a bolella Saule?
5 Ha Jesu a emisa Saule tseleng e eang Damaseka, Ha aa ka a re: “U hlorisetsa’ng barutuoa ba ka?” Joalokaha re bone, o itse: “U ntlhorisetsa’ng?” (Lik. 9:4) Ka sebele liteko tse hlahelang balateli ba Jesu li mo ama ka ho toba.—Mat. 25:34-40, 45.
6 Haeba u hatelloa ka lebaka la ho lumela ho Kreste, kholiseha hore Jehova le Jesu ba tseba seo. (Mat. 10:22, 28-31) Mohlomong teko eo e ke ke ea tloha hona joale. Hopola hore Jesu o ile a bona kamoo Saule a neng a kentse letsoho kateng lefung la Setefane, a ba a bona ha Saule a ntša barutuoa ba tšepahalang ka ntšoe li sa fohloa matlong a bona Jerusalema. (Lik. 8:3) Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a etsa letho ka nako eo. Empa, Jehova o ile a sebelisa Kreste eaba o matlafatsa Setefane le barutuoa ba bang hore ba lule ba tšepahala.
7. Ke eng seo u lokelang ho se etsa hore u mamelle mahloriso?
7 Le uena u ka mamella mahloriso haeba u etsa lintho tse latelang: (1) Ikemisetse ho lula u tšepahala ho sa tsotellehe hore u hlaheloa ke eng. (2) Kōpa thuso ea Jehova. (Bafil. 4:6, 7) (3) Tlohella phetetso ho Jehova. (Bar. 12:17-21) (4) Kholiseha hore Jehova o tla u fa matla a ho mamella ho fihlela a bona ho loketse hore a tlose teko eo.—Bafil. 4:12, 13.
“Saule, Mor’eso, Morena . . . o Nthomile” (Liketso 9:6-17)
8, 9. Ho ka etsahala hore Ananiase o ile a ikutloa joang ka mosebetsi oo a o filoeng?
8 Ha a qeta ho araba potso ea Saule e reng, “U mang, Morena?” Jesu o ile a re ho eena: “Ema ’me u kene motseng, ’me u tla bolelloa seo u lokelang ho se etsa.” (Lik. 9:6) Saule ea foufetseng o ile a tataisetsoa moo a lulang teng Damaseka, ’me a itima lijo a ba a rapela ka matsatsi a mararo. Ka eona nako eo, Jesu o ile a bolella Ananiase ka Saule. Ananiase e ne e le morutuoa ea lulang motseng oo, ’me o ne ‘a buuoa hantle ke Bajuda bohle’ ba lulang Damaseka.—Lik. 22:12.
9 Ak’u nahane hore na Ananiase o ile a ferekana hakaakang! Hlooho ea phutheho, e leng Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung, o bua le eena ka ho toba, o mo khethela hore a etse mosebetsi o khethehileng. Ke tlotla e kaakang, empa ke mosebetsi o boima hakaakang! Ha Ananiase a bolelloa hore o lokela ho bua le Saule, o ile a re: “Morena, ke utloile ho ba bangata mabapi le monna enoa, hore na ke lintho tse ngata hakae tse mpe tseo a li entseng ho bahalaleli ba hao Jerusalema. Bona! o na le matla a tsoang ho baprista ba ka sehloohong a ho kenya litlamong bohle ba ipiletsang lebitsong la hao.”—Lik. 9:13, 14.
10. Ke eng seo re ithutang sona ka Jesu tseleng eo a ileng a tšoara Ananiase ka eona?
10 Jesu ha aa ka a khalemela Ananiase ha a mo tsebisa se mo tšoenyang. Leha ho le joalo, Jesu o ile a mo bolella ka ho hlaka hore na o lokela ho etsa eng. A ba a mo hlompha ka hore a mo bolelle lebaka leo ka lona a batlang hore a etse mosebetsi ona o sa tloaelehang. Jesu o ile a re ka Saule: “Monna enoa ke sejana se khethiloeng ho ’na hore se jare lebitso la ka ho ea lichabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele. Etsoe ke tla mo bontša ka ho hlaka hore na ke lintho tse ngata hakae tseo a tla utloisoa bohloko ke tsona bakeng sa lebitso la ka.” (Lik. 9:15, 16) Hang-hang Ananiase o ile a etsa seo Jesu a mo laetseng sona. O ile a batla Saule oa mohlorisi ’me ha a mo fumana a re ho eena: “Saule, mor’eso, Morena, e leng Jesu ea ileng a bonahala ho uena tseleng eo u neng u tla ka eona, o nthomile, e le hore u ka boela ua bona ’me ua tlala moea o halalelang.”—Lik. 9:17.
11, 12. Re ithuta eng liketsahalong tse amanang le Jesu, Ananiase le Saule?
11 Re ithuta lintlha tse ’maloa liketsahalong tse amanang le Jesu, Ananiase le Saule. Ka mohlala, Jesu o laola mosebetsi oa boboleli ka mafolofolo, joalokaha a tšepisitse. (Mat. 28:20) Le hoja Jesu a sa bue ka ho toba le batho kajeno, o laola mosebetsi oa boboleli ka sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene, seo a se khethileng hore se okamele lintho tsohle tsa hae. (Mat. 24:45-47) Sehlopha sa lekhoba, se emeloang ke Sehlopha se Busang, se romela bahoeletsi, bo-pula-maliboho le baromuoa ho ea batla ba batlang ho tseba ho eketsehileng ka Kreste. Joalokaha ho boletsoe khaolong e fetileng, bongata ba bona ba rapetse Molimo hore a ba tataise eaba ka mor’a moo ba eteloa ke Lipaki Tsa Jehova.—Lik. 9:11.
12 Ka boikokobetso Ananiase o ile a etsa mosebetsi oo a o filoeng ’me a hlohonolofatsoa. Na u mamela taelo ea ho paka ka ho phethahetseng, esita leha mosebetsi oo o sa u jese litheohelang? Ba bang ba tšaba ho ea ka ntlo le ntlo le ho kopana le batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba thatafalloa ke ho pakela batho libakeng tsa khoebo, seterateng kapa ka fono. Ananiase o ile a hlōla tšabo ea hae ’me a ba le tlotla ea ho thusa Saule hore a amohele moea o halalelang.b Ananiase o ile a atleha hobane o ne a tšepile Jesu ’me a nka Saule e le mor’abo. Re ka hlōla tšabo haeba joaloka Ananiase, re lumela hore Jesu o laola mosebetsi oa boboleli, re utloela batho bohloko ’me re nka hore esita le batho bao re ba tšabang haholo ba ka fetoha barab’abo rōna.—Mat. 9:36.
“A Qala ho Bolela Jesu” (Liketso 9:18-30)
13, 14. Haeba u ithuta Bibele empa u e-s’o kolobetsoe, u ka ithuta eng mohlaleng oa Saule?
13 Saule o ile a potlakela ho sebelisa seo a ithutileng sona. Ha a se a bona mahlong, o ile a kolobetsoa ’me a qala ho sebelisana ’moho le barutuoa ba Damaseka. Empa o ile a etsa ho eketsehileng. “Kapele-pele ka lisynagogeng a qala ho bolela Jesu, hore Enoa ke Mora oa Molimo.”—Lik. 9:20.
14 Haeba u ntse u ithuta Bibele empa u e-s’o kolobetsoe, na joaloka Saule u tla sebelisa seo u ithutang sona ka hore u kolobetsoe? Ke ’nete hore Saule o ile a bona mohlolo oo Kreste a ileng a o etsa, ’me ha ho pelaelo hore sena se ile sa mo susumelletsa hore a nke khato. Empa le ba bang ba ile ba bona mehlolo ea Jesu. Ka mohlala, sehlopha se seng sa Bafarisi se ile sa shebella ha a folisa monna ea omeletseng letsoho, ’me ka kakaretso Bajuda ba bangata ba ne ba tseba hore Jesu o tsositse Lazaro bafung. Leha ho le joalo, bongata ba bona ba ile ba iphapanyetsa mohlolo oo ’me ba bang ba ba ba mo hanyetsa. (Mar. 3:1-6; Joh. 12:9, 10) Empa Saule o ile a fetoha. Ke hobane’ng ha Saule a ile a fetoha empa ba bang ba sa ka ba fetoha? Hobane o ne a tšaba Molimo ho feta batho ’me a ananela ka ho teba mohau oo Kreste a mo bontšitseng oona. (Bafil. 3:8) Haeba le uena u etsa joalo, u ke ke ua lumella letho hore le u sitise ho etsa mosebetsi oa boboleli le ho tšoaneleha hore u kolobetsoe.
15, 16. Saule o ile a etsa’ng lisynagogeng, ’me Bajuda ba Damaseka ba ile ba etsa joang?
15 Na u ka inahanela kamoo bongata bo ileng ba makala, ba tšoha ba ba ba halefa kateng ha Saule a qala ho bolela Jesu ka lisynagogeng? Bo ile ba re: “Na eo hase eena monna ea ileng a ripitla ba leng Jerusalema ba ipiletsang lebitsong lee?” (Lik. 9:21) Ha Saule a hlalosa lebaka le fetotseng tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka Jesu, o ile “a paka ka mabaka a utloahalang hore enoa ke Kreste.” (Lik. 9:22) Empa hase bohle ba kholisoang ke mabaka a utloahalang. A ke ke a fetola monahano oa batho ba tsitlellang ho latela lineano kapa ba sa batleng ho fetoha ka lebaka la boikhohomoso. Leha ho le joalo, Saule ha aa ka a tela.
16 Lilemo tse tharo hamorao, Bajuda ba Damaseka ba ne ba ntse ba hanyetsa Saule. Qetellong, ba ile ba leka ho mo bolaea. (Lik. 9:23; 2 Bakor. 11:32, 33; Bagal. 1:13-18) Ha morero oo o tsebahala, Saule o ile a tloha motseng oo ka lenyele, a theoloa ka baskete lesobeng la lerako la motse. Luka o re ba ileng ba balehisa Saule bosiung boo e ne e le “barutuoa ba [Saule].” (Lik. 9:25) Ho bonahala mantsoe ana a bontša hore bonyane ba bang ba ileng ba utloa ha Saule a bolela litaba tse molemo Damaseka ba ile ba amohela molaetsa oa hae ’me ea e-ba balateli ba Kreste.
17. (a) Batho ba etsa joang ha ba utloa ’nete ea Bibele? (b) Re lokela ho tsoela pele re etsa’ng, hona hobane’ng?
17 Ha u ne u qala ho bolella ba lelapa, metsoalle le ba bang litaba tse molemo tseo u ithutang tsona, mohlomong u ne u lebeletse hore bohle ba tla amohela ’nete ea Bibele hobane ea utloahala. Ho ka etsahala hore ba bang ba ile ba e amohela empa ba bangata ha baa ka ba e amohela. Ha e le hantle, e ka ’na eaba ba lelapa ba ile ba u nka u le sera. (Mat. 10:32-38) Leha ho le joalo, haeba u tsoela pele ho ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho beha mabaka ka Mangolo, ’me u lula u itšoere joaloka Mokreste, esita le ba u hanyetsang ba ka ’na ba qetella ba fetohile.—Lik. 17:2; 1 Pet. 2:12; 3:1, 2, 7.
18, 19. (a) Ha Barnabase a tiisa hore Saule ke morutuoa, phello e bile efe? (b) Re ka etsisa Barnabase le Saule joang?
18 Ha Saule a kena Jerusalema, hoa utloahala hore ebe barutuoa ba ne ba sa lumele hore e se e le morutuoa. Leha ho le joalo, ha Barnabase a tiisa hore Saule e se e le morutuoa, baapostola ba ile ba mo amohela, ’me a lula le bona ka nakoana. (Lik. 9:26-28) Saule o ne a le masene ’me a se lihlong ka litaba tse molemo. (Bar. 1:16) Ka sebete o ile a bolela litaba tse molemo Jerusalema, e leng hona moo a neng a kile a hlorisa barutuoa ba Jesu Kreste ka sehlōhō. Bajuda ba Jerusalema ba ile ba tšoha haholo ha ba hlokomela hore moeta-pele oa bona o se a ba koenehetse, ’me joale ba qala ho batla ho mo bolaea. Bibele e re: ‘Ha barab’abo ba lemoha sena, ba theolela Saule Cesarea eaba ba mo romela Tarsase.’ (Lik. 9:30) Saule o ile a ikokobelletsa litaelo tseo Jesu a ileng a li fetisa ka phutheho. Sena se ile sa ruisa Saule le phutheho molemo.
19 Hlokomela hore Barnabase ke eena ea ileng a ithaopela ho thusa Saule. Ha ho pelaelo hore mosa ona o ile oa etsa hore bahlanka bana ba Jehova ba chesehang e be metsoalle e meholo. Na joaloka Barnabase, u ikemiselitse ho thusa ba bacha ka phuthehong ka ho sebetsa le bona tšebeletsong ea tšimo le ho ba thusa hore ba hatele pele moeeng? Haeba u etsa joalo, u tla putsoa haholo. Haeba u mohoeletsi e mocha oa litaba tse molemo, na joaloka Saule u amohela thuso eo u e fuoang? Ka ho sebetsa le bahoeletsi ba nang le phihlelo e eketsehileng, u tla ntlafatsa bokhoni ba hao tšebeletsong, thabo ea hao e tla eketseha ’me u tla fumana metsoalle ea hlooho ea khomo.
“Ba Bangata ea E-ba Balumeli” (Liketso 9:31-43)
20, 21. Bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng le ba hona joale ba ’nile ba sebelisa ‘nako ea khotso’ hamolemo joang?
20 Ka mor’a hore Saule a sokolohe a be a tlohe sebakeng seo a sireletsehile, “phutheho ho pholletsa le Judea le Galilea le Samaria kaofela ea kena nakong ea khotso.” (Lik. 9:31) Barutuoa ba ile ba sebelisa ‘nako ee e tšoanelang’ joang? (2 Tim. 4:2) Bibele e re ba ne ‘ba ntse ba hahoa.’ Baapostola le bara ba bang babo rōna ba ikarabellang ba ile ba matlafatsa tumelo ea barutuoa ’me ba etella pele ha phutheho “e ntse e tsamaea tšabong ea Jehova le matšelisong a moea o halalelang.” Ka mohlala, Petrose o ile a sebelisa nako eo ho matlafatsa barutuoa ba motseng oa Lyda Thoteng ea Sharone. Ka lebaka la sena ba bangata ba lulang moo ba ile “ba retelehela ho Morena.” (Lik. 9:32-35) Barutuoa ha baa ka ba khelosoa ke mesebetsi ea botho empa ba ile ba ikitlaetsa hore ba hlokomelane ba be ba bolele litaba tse molemo. Phello e bile hore phutheho e ile “ea tsoela pele ho ata.”
21 Ho elella bofelong ba lekholo la bo20 la lilemo, Lipaki Tsa Jehova linaheng tse ngata le tsona li ile tsa kena “nakong ea khotso.” Mebuso e ’nileng ea hatella batho ba Molimo ka lilemo tse mashome e ile ea oa ka tšohanyetso, ’me ha e-ba bonolo ho bolela litaba tse molemo linaheng tseo ho tsona mosebetsi o neng o thibetsoe kapa maemong a mang thibelo ea tlosoa ka ho feletseng. Lipaki tse mashome a likete li ile tsa sebelisa monyetla oo ho paka phatlalatsa, ’me ha e-ba le liphello tse babatsehang. Ka mohlala, ha Lipaki Tsa Jehova Russia li amoheloa ka molao ka 1991, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka tlaasenyana ho 16 000 naheng eo. Lilemo tse 16 feela hamorao ka 2007, ho ne ho e-na le ba fetang 150 000 ba bolelang litaba tse molemo ka mafolofolo.
22. U ka sebelisa tokoloho eo u nang le eona hamolemo joang?
22 Na u sebelisa tokoloho eo u nang le eona hamolemo? Haeba u lula naheng e nang le tokoloho ea bolumeli, Satane o batla ho u hoka-hoka hore u lelekise maruo ho e-na le ho hahamalla mesebetsi e amanang le ’Muso. (Mat. 13:22) U se ke ua khelosoa. Sebelisa hamolemo nako leha e le efe ea khotso e lekanyelitsoeng e teng hona joale. E nke e le monyetla oa ho paka ka ho phethahetseng le ho haha phutheho. Hopola hore maemo a hao a ka fetoha ka ho panya ha leihlo.
23, 24. (a) Re ithuta lintlha life tlalehong e buang ka Tabitha? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
23 Nahana ka se ileng sa etsahalla Tabitha kapa Dorkase. O ne a lula motseng oa Jopa o neng o se hōle le oa Lyda. Morali enoa oabo rōna ea tšepahalang o ile a sebelisa nako le matlotlo a hae ka bohlale, a tletse “liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” Leha ho le joalo, o ile a kula ka tšohanyetso ’me a shoa.c Barutuoa ba Jopa, haholo-holo bahlolohali bao a neng a ba etsetsa lintho tse molemo ba ile ba sareloa haholo ha a shoa. Ha Petrose a fihla ntlong eo setopo sa hae se neng se lokisoa teng bakeng sa lepato, o ile a etsa mohlolo oo baapostola ba Jesu Kreste ba neng ba e-s’o ka ba o etsa. Petrose o ile a rapela eaba o tsosa Tabitha bafung! Inahanele feela hore na bahlolohali bao le barutuoa ba bang ba ile ba thaba hakaakang ha Petrose a ba bitsetsa ka kamoreng eo ’me a ba bontša hore Tabitha oa phela! Ruri liketsahalo tsena li ile tsa ba matlafatsa hore ba tobane le liteko tse larileng ka pele. Hase feela mohlolo oo o ileng oa “tsejoa ho pholletsa le Jopa eohle, ’me ba bangata ea e-ba balumeli ho Morena.”—Lik. 9:36-42.
24 Re ithuta lintlha tse peli tsa bohlokoa tlalehong ena e thabisang e buang ka Tabitha. (1) Bophelo bo feta ka potlako. Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re iketsetse lebitso le letle le Molimo ha monyetla o sa le teng! (Moek. 7:1) (2) Re na le tšepo e tiileng ea hore bafu ba tla tsoha. Jehova o ile a hlokomela liketso tse ngata tseo Tabitha a li entseng, ’me a mo putsa. O tla hopola boikitlaetso ba rōna ’me a re tsose bafung haeba re ka shoa pele ho Armagedone. (Baheb. 6:10) Ka lebaka leo, ebang hona joale re phela “nakong e likhathatso” kapa “nakong ea khotso,” a re phehelleng ho pakela Kreste ka ho phethahetseng.—2 Tim. 4:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba lebokose la sehlooho se reng “Saule oa Mofarisi,” leqepheng la 62.
b Ka ho tloaelehileng, baapostola e ne e le bona ba neng ba fetisa limpho tsa moea o halalelang. Leha ho le joalo, ketsahalong ena ho bonahala eka Jesu o ile a fa Ananiase matla a ho fetisetsa limpho tsa moea ho Saule, ‘sejana sa Hae se khethiloeng.’ Ha Saule a qeta ho sokoloha, ho ile ha feta nako e telele pele a kopana le baapostola ba 12. Leha ho le joalo, mohlomong o ne a ntse a bolela litaba tse molemo ka nako eo eohle. Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o ile a etsa bonnete ba hore Saule o fumana matla ao a a hlokang hore a phethe mosebetsi oa hae oa boboleli.
c Sheba lebokose la sehlooho se reng “Dorkase—‘O ne a Tletse Liketso Tse Molemo,’” leqepheng la 67.
[Lebokose le leqepheng la 61]
MATLA AO SAULE A NENG A E-NA LE ’ONA DAMASEKA
Ho tlile joang hore Saule a be le matla a ho tšoara Bakreste naheng eo e seng ea habo? Lekhotla la Sanhedrine le moprista ea phahameng ba ne ba e-na le matla a ho bolella Bajuda hohle hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng, ’me ho bonahala eka matla a moprista ea phahameng a ne a akarelletsa le matla a ho fana ka batho ba tlōtseng molao. Kahoo, mangolo a tsoang ho moprista ea phahameng a ne a tla etsa hore baholo ba lisynagoge tsa Damaseka ba etse seo ba se bolelloang.—Lik. 9:1, 2.
Ho feta moo, Baroma ba ne ba file Bajuda matla a ho sebetsa linyeoe tsa bona. Ke lona lebaka le ileng la etsa hore Bajuda ba shape moapostola Pauluse “lichapo tse mashome a mane kantle ho e le ’ngoe.” (2 Bakor. 11:24) Buka ea 1 Maccabees e bua ka lengolo leo lenģosa la Roma le ileng la le ngolla Ptolemy VIII oa Egepeta ka 138 B.C.E., ’me lengolo leo le ne le e-na le taelo e reng: “Haeba ho e-na le banna leha e le bafe ba kotsi ba balehileng naheng ea habo bona [ea Judea] ba tla moo, u nehelane ka bona ho moprista ea phahameng Simone, e le hore a ka ba ahlola ho latela molao oa bona.” (1 Macc. 15:21) Ka 47 B.C.E., Juliase Cesare o ile a tiisa hore moprista ea phahameng o ntse a e-na le matla ao a neng a e-na le ’ona pele esita le tokelo ea ho rarolla litsekisano tse amanang le meetlo ea Bajuda.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 62]
SAULE OA MOFARISI
“Mohlankana ea bitsoang Saule” ea boleloang tlalehong ea Liketso e buang ka ho tlepetsoa ha Setefane ka majoe o ne a tsoa motseng oa Tarsase. E ne e le motse-moholo oa profinse ea Roma ea Silisia, e ka boroa ho seo kajeno e leng Turkey. (Lik. 7:58) Bajuda ba bangata ba ne ba lula motseng oo. Saule ka boeena o ile a ngola hore o ‘bololitsoe ka letsatsi la borobeli, o tsoa lesikeng la lelapa la Iseraele, ke oa moloko oa Benjamine, Moheberu ea tsoetsoeng ke Baheberu; mabapi le molao, ke Mofarisi.’ Ke ka lebaka leo ho ka etsahalang hore o ne a nkoa e le Mojuda ea hlomphehang!—Bafil. 3:5.
Saule o ne a lula motseng o moholo o atlehileng moruong, oo ho oona ho neng ho atile setso sa Bagerike. Kaha Saule o hōletse Tarsase, o ne a tseba Segerike. Mohlomong o kene sekolo sa mathomo sekolong sa Bajuda. O ile a ithuta ho etsa litente, e leng mosebetsi o neng o tloaelehile sebakeng seo a tsoaletsoeng ho sona. Ho ka etsahala hore ntate oa Saule o ile a mo ruta mosebetsi ona e sa le moshanyana.—Lik. 18:2, 3.
Tlaleho ea Liketso e boetse e senola hore Saule e ile ea e-ba moahi oa Roma ka tsoalo. (Lik. 22:25-28) Sena se bolela hore ha a tsoaloa e mong oa baholo-holo ba hae o ne a se a fumane tokelo ea ho ba moahi oa Roma. Ha ho tsejoe hore na ho tlile joang hore lelapa labo Saule le fumane tokelo ea ho ba baahi ba Roma. Ho sa tsotellehe seo, boemo boo bo ile ba etsa hore e be ba bang ba batho ba phahameng sechabeng profinseng ea habo bona. Semelo sa Saule le thuto ea hae e ile ea etsa hore a tsebe litso tse tharo ka botlalo—e leng Sejuda, Segerike le Seroma.
Mohlomong ha Saule a le lilemo li 13 kapa ka tlaase ho moo, o ile a ea lula Jerusalema e bohōle ba lik’hilomithara tse 840 ho ea ntšetsa thuto ea hae pele. Ha a le motseng oo o ile a ithuta maotong a Gamaliele, eo e neng e le mosuoe ea hlomphehang oa lineano tsa Bafarisi.—Lik. 22:3.
Thuto ena e eketsehileng, e tšoanang le ho ea univesithing kajeno, e ne e akarelletsa ho ithuta Mangolo le molao oa Bajuda oa molomo esita le ho o tšoara ka hlooho. Seithuti se hloahloa sa Gamaliele se ne se ka lebella ho fumana mosebetsi o hlamatsehang, ’me ho bonahala hore Saule e ne e le seithuti se joalo. Hamorao o ile a re: “Ke ne ke hatela pele Bojudeng ho feta ba bangata ba lilemo tsa ka morabeng oa heso, kaha ke ne ke chesehela lineano tsa bo-Ntate haholo.” (Bagal. 1:14) Ho hlakile hore lebaka le ileng la etsa hore Saule a hlorise phutheho e ncha ea Bakreste haholo ke hobane o ne a chesehela moetlo oa Sejuda.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 67]
DORKASE—“O NE A TLETSE LIKETSO TSE MOLEMO”
Dorkase e ne e le setho sa phutheho ea Bakreste e motseng oa Jopa o pel’a kou ea leoatle. Balumeli-’moho le eena ba ne ba mo rata hobane “o ne a tletse liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” (Lik. 9:36) Joaloka Bajuda ba bangata ba neng ba lula libakeng tseo ho tsona ho neng ho lula Bajuda le Balichaba, Dorkase o ne a e-na le mabitso a mabeli—la Seheberu kapa Searame le la Segerike kapa Selatine. Lebitso la hae la Segerike la Dorkase e ne e le “Tabitha” ha le fetoleloa ka Searame. Mabitso ana ka bobeli a bolela “Tšephe.”
Ho bonahala eka Dorkase o ile a kula a ba a shoa ka tšohanyetso. Joalokaha ho ne ho tloaelehile, setopo sa hae se ile sa hlatsuoa ’me sa lokisetsoa lepato. Se ne se behiloe kamoreng e ka holimo, mohlomong ntlong ea hae. Ka lebaka la mocheso oa Bochabela bo Hare, batho ba ne ba patoa letsatsing leo ba hlokahetseng ka lona kapa letsatsing le hlahlamang. Bakreste ba Jopa ba ne ba utloetse hore moapostola Petrose o Lyda e haufi le moo. Petrose o ne a ka khona ho tla Jopa pele Dorkase a patoa, hobane metse eo e ne e arohane ka lik’hilomithara tse 18 feela—e leng hoo e ka bang leeto la lihora tse ’nè ka maoto. Kahoo, phutheho e ile ea romela banna ba babeli ho ea kōpa Petrose hore a tle hang-hang. (Lik. 9:37, 38) Setsebi se seng se re: “Bajuda ba boholo-holo ba ne ba tloaetse ho roma manģosa ka bobeli, ’me lebaka le leng e ne e le hore le leng le tle le tiise seo le leng le se buang.”
Ho ile ha etsahala’ng ha Petrose a fihla? Bibele e re: “Ba mo isa ka kamoreng e ka holimo; bahlolohali bohle ba itlhahisa ho eena ba lla ’me ba bontša liaparo tsa ka hare le liaparo tsa ka ntle tse ngata tseo Dorkase a neng a li etsa ha a sa ntse a e-na le bona.” (Lik. 9:39) Tse ling tsa lintho tse ileng tsa etsa hore Dorkase a ratoe haholo ke litho tsa phutheho ke hore o ne a tloaetse ho li rōkela liaparo. O ne a rōka liaparo tsa ka hare le tsa ka ntle. Bibele ha e re bolelle hore na ebe Dorkase o ne a reka masela ao kapa a mpa a ba rōkela feela. Leha ho le joalo, o ne a rateloa mosa oa hae le “limpho tsa mohau.”
E tlameha ebe Petrose o ile a angoa maikutlo ke seo a ileng a se bona kamoreng eo e ka holimo. Setsebi se bitsoang Richard Lenski se re: “Tsela eo batho bana ba neng ba lla ka eona e ne e fapane hōle le eo batho ba neng ba lla ka eona tlung ea Jairuse, moo ho neng ho hiriloe basali le batho ba lerata ba letsang makolilo. Ba ne ba sa iketsise.” (Mat. 9:23) Ba ne ba siame e le kannete. Ba bangata ba entse qeto ea hore Dorkase e ne e le lesoha hobane ha ho moo ho buuoang ka monna oa hae.
Ha Jesu a roma baapostola ba hae, o ile a ba fa matla a ho ‘tsosa batho ba shoeleng.’ (Mat. 10:8) Petrose o ne a bone ha Jesu a etsa mehlolo e joalo, e akarelletsang ho tsosa morali oa Jairuse, empa ha ho moo ho boleloang hore ho na le moapostola ea kileng a tsosa motho pele ho mona. (Mar. 5:21-24, 35-43) Empa joale Petrose o ile a ntša batho kamoreng e ka holimo, eaba o rapela ka tieo ’me ka mor’a moo Tabitha a bula mahlo a ba a lula. E tlameha ebe Bakreste ba Jopa ba ile ba thaba hakaakang ha Petrose a hlahisa Dorkase a phela ho bahalaleli le bahlolohali!—Lik. 9:40-42.
[Setšoantšo se leqepheng la 66]
U ka etsisa Dorkase joang?