KHAOLO EA 3
“Hopolang ba Etellang Pele Har’a Lona”
MANTSOE ana a moapostola Pauluse a tlalehiloeng ho Baheberu 13:7 a ka boetse a fetoleloa tjena: “Hopolang ba le busang.” Baapostola ba tšepahalang ba Morena Jesu Kreste ba ile ba phetha mosebetsi ona e le sehlopha se busang se neng se etella pele phutheho e ncha ea Bokreste ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. (Lik. 6:2-4) Hoo e ka bang ka selemo sa 49 C.E., litho tsa sehlopha sena se busang e ne e se baapostola ba Jesu feela. Ha ho ne ho etsoa qeto ka taba ea lebollo, litho tsa sehlopha seo e ne e le ‘baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema.’ (Lik. 15:1, 2) E ne e le boikarabelo ba bona ho tšohla litaba tse amang Bakreste ba libakeng tsohle. Ba ne ba romela mangolo le melao-taelo e neng e matlafatsa liphutheho ’me e etsa hore barutuoa ba be ntsoe-leng. Liphutheho li ne li mamela ’me ka boikokobetso li latela tataiso ea sehlopha se busang. Ka lebaka leo, Jehova o ne a li hlohonolofatsa ’me li atleha.—Lik. 8:1, 14, 15; 15:22-31; 16:4, 5; Baheb. 13:17.
2 Ka mor’a lefu la baapostola, bokoenehi bo ile ba e-ja setsi. (2 Bathes. 2:3-12) Joalokaha Jesu a ne a boletse papisong ea hae ea koro le mofoka, ho ile ha jaloa mofoka (e leng batho ba ipolelang hore ke Bakreste) har’a koro (e leng Bakreste ba tlotsitsoeng). Ka lilemo tse makholo lihlopha tsena li ile tsa hola hammoho ho fihlela nakong ea kotulo, e leng ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ (Mat. 13:24-30, 36-43) Le hoja ka nako eo ho ne ho se na sehlopha se busang kapa mocha o tobileng oo Jesu a neng a o sebelisa ho tataisa balateli ba hae ba lefatšeng, ho hlakile hore o ne a amohela Bakreste ba tlotsitsoeng e le batho ka bomong. (Mat. 28:20) Leha ho le joalo, o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba le phetoho nakong ea kotulo.
3 “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene?” Jesu Kreste o ile a botsa potso eo ha a kenyelletsa papiso kapa setšoantšo e le ha a fana ka “pontšo” mabapi le “qetello ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 24:3, 42-47) O ile a bontša hore lekhoba lena le tšepahalang le ne le tla phathahana ka mosebetsi oa ho fa batho ba Molimo lijo tsa moea “ka nako e tšoanetseng.” Feela joalokaha Jesu a ile a sebelisa sehlopha sa banna hore se etelle pele lekholong la pele la lilemo ho e-na le ho sebelisa motho a le mong, le kajeno lekhoba le tšepahalang leo Jesu a le sebelisang ke sehlopha sa banna ba tlotsitsoeng.
HO TSEBA “LEKHOBA LE TŠEPAHALANG LE LE MASENE”
4 Jesu o ile a khetha bo-mang ho fepa balateli ba hae? Ho hlakile hore o ne a tla sebelisa Bakreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng. Bibele e ba bitsa “baprista ba marena” ba filoeng mosebetsi oa ho “ ‘bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea ba bitsitseng ho ba ntša lefifing ho ba kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Pet. 2:9; Mal. 2:7; Tšen. 12:17) Na batlotsuoa bohle ba lefatšeng ke lekhoba le tšepahalang? Che. Ha Jesu a ne a fepa banna ba ka bang 5 000 ka mohlolo, ntle ho basali le bana, o ile a fa barutuoa lijo tseo, ’me barutuoa ba li fa matšoele. (Mat. 14:19) O ile a fepa ba bangata ka matsoho a ba ’maloa. O fana ka lijo tsa moea ka tsela e tšoanang le kajeno.
5 Kahoo, “motsamaisi ea tšepahalang, ea masene” ke sehlotšoana sa barab’abo rona ba lokisetsang lijo tsa moea ka ho toba ’me ba li aba nakong ena ea ho ba teng ha Kreste. (Luka 12:42) Matsatsing ana a ho qetela, barab’abo rona ba tlotsitsoeng ba “lekhoba le tšepahalang le le masene” ba sebetsa hammoho ntlo-kholo. Ke litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova.
6 Kreste o sebelisa sehlopha sena ho phatlalatsa litaba tse mabapi le ho phethahala ha boprofeta ba Bibele le ho fana ka litaelo tse nakong tse bontšang hore na melao-motheo ea Bibele e sebetsa joang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Lijo tsena tsa moea li abuoa ke liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova sebakeng ka seng. (Esa. 43:10; Bagal. 6:16) Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, mohlanka kapa motsamaisi ea tšeptjoang o ne a okamela ntlo ea mong’a hae. Ka ho tšoanang, lekhoba le tšepahalang le le masene le fuoe boikarabelo ba ho okamela ntlo ea tumelo. Kahoo lekhoba le tšepahalang le boetse le okametse thepa, mosebetsi oa ho bolela, mananeo a likopano, ho khethoa ha balebeli ba sebeletsang maemong a fapa-fapaneng mokhatlong le ho hatisoa ha lingoliloeng tsa Bibele ’me tsena kaofela li molemong oa ‘bahlanka ba ntlo.’—Mat. 24:45.
7 Joale ‘bahlanka ba ntlo’ ke bo-mang? Ntle ho pelaelo ke batho ba feptjoang. Qalong, ho ne ho nkoa hore bahlanka ba ntlo ke batlotsuoa feela. Empa hamorao ho ile ha hlaka hore ba akarelletsa bongata bo boholo ba “linku tse ling.” (Joh. 10:16) Lihlopha tsena ka bobeli li ja lijo tsa moea tse ajoang ke lekhoba le tšepahalang.
8 Nakong ea matšoenyeho a maholo ha Jesu a tlil’o ahlola tsamaiso ena e khopo, o tla khetha lekhoba le tšepahalang hore le “okamele lintho tsohle tsa hae.” (Mat. 24:46, 47) Litho tsa lekhoba le tšepahalang li tla amohela moputso oa tsona oa ho phela leholimong. Li tla ba har’a ba 144 000 ba tla busa le Kreste leholimong. Le hoja ho ke ke ha hlola ho e-ba le lekhoba le tšepahalang le le masene lefatšeng, Jehova le Jesu ba tla tataisa bafo ba lefatšeng ba ’Muso oa Bomesia ka ba khethiloeng ho sebeletsa e le “likhosana.”—Pes. 45:16.
KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO ‘HOPOLA BA ETELLANG PELE’?
9 Re na le mabaka a mangata a ho ‘hopola ba etellang pele’ le ho ba bontša hore rea ba tšepa. Ke hobane’ng ha ho le molemo hore re etse joalo? Moapostola Pauluse o ile a re: “Ba lula ba lebetse meea ea lona joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lona.” (Baheb. 13:17) Ke habohlokoa hore re ikokobeletse ba etellang pele re be re mamele litaelo tseo ba fanang ka tsona kaha ba lula ba re lebetse e le hore re sireletsehe re be re phele hantle moeeng.
10 Joalokaha ho tlalehiloe ho 1 Bakorinthe 16:14, Pauluse o itse: “Litaba tsohle tsa lona li ke li etsahale ka lerato.” Liqeto tsohle tse etsoang molemong oa batho ba Molimo li susumetsoa ke lerato e leng tšobotsi ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ha 1 Bakorinthe 13:4-8 e bua ka lerato, e re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela ’nete. Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.” Kaha lerato ke motheo oa liqeto tsohle tse etsoang molemong oa bahlanka ba Jehova, re na le mabaka a mangata a ho ikutloa re sireletsehile ha re tataisoa ka lerato. Ho feta moo, sena ke pontšo ea lerato la Jehova.
Ke habohlokoa hore re ikokobeletse ba lulang ba re lebetse e le hore re phele hantle moeeng
11 Jehova o sebelisa banna ba sa phethahalang hore ba laole batho ba hae joalokaha a ile a etsa lekholong la pele la lilemo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ’na a sebelisa banna ba sa phethahalang nakong e fetileng hore ba phethe thato ea hae. Noe o ile a haha areka a ba a bolella batho ka timetso e neng e tla tla mehleng ea hae. (Gen. 6:13, 14, 22; 2 Pet. 2:5) Moshe o ile a khethoa hore a ntše batho ba Jehova Egepeta. (Ex. 3:10) Banna ba sa phethahalang ba ile ba bululeloa hore ba ngole Bibele. (2 Tim. 3:16; 2 Pet. 1:21) Ha re felloe ke tšepo mokhatlong oa Jehova hobane a sebelisa batho ba sa phethahalang hore ba laole mosebetsi oa ho bolela le oa ho etsa barutuoa. Ho e-na le hoo, tšepo ea rona ea tiea hobane rea tseba hore ha mokhatlo ona o ne o sa tšehetsoa ke Jehova, o ne o ke ke oa etsa sohle seo o se etsang. Ka mor’a ho sebeletsa Jehova ka lilemo tse ngata le ho feta har’a mathata, lekhoba le tšepahalang le bontšitse hore le tataisoa ke moea oa Molimo. Kajeno, karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Molimo e fumane mahlohonolo a mangata. Kahoo, re o tšehetsa ka lipelo tsa rona tsohle ebile rea o tšepa.
RE KA BONTŠA JOANG HORE RE TŠEPA MOKHATLO?
12 Ba filoeng boikarabelo ka phuthehong ba bontša hore ba tšepa mokhatlo ha ba amohela boikarabelo ka thabo ba bile ba bo phetha ka botšepehi. (Lik. 20:28) Kaha re baboleli ba ’Muso, re kopanela ka cheseho mosebetsing oa ntlo le ntlo, re etsa maeto a ho boela ’me re khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Re lokisetsa liboka, likopano tse kholo le tse nyenyane ebile re ba teng ho tsona e le hore re rue molemo lijong tsa moea tse nang le phepo tse fanoang ke lekhoba le tšepahalang. Re rua molemo haholo ha re khothatsana le barab’abo rona lipokanong tsena tsa Bokreste.—Baheb. 10:24, 25.
13 Ha re tšehetsa mokhatlo ka ho fana ka menehelo, re bontša ka ho hlaka hore rea o tšepa. (Liprov. 3:9, 10) Ha re bona hore barab’abo rona ba hloka thuso ea lintho tsa boipheliso, re nka khato hang-hang. (Bagal. 6:10; 1 Tim. 6:18) Re etsa sena ka lebaka la lerato la bara ba motho, ebile re nka seo e le monyetla oa ho bontša hore re ananela lintho tse molemo tseo Jehova le mokhatlo oa hae o re etsetsang tsona.—Joh. 13:35.
14 Re boetse re bontša hore re tšepa mokhatlo ka ho tšehetsa liqeto tseo o li etsang. Sena se akarelletsa ho ikokobelletsa tataiso ea ba nang le boikarabelo, joaloka balebeli ba potoloho le baholo ba phutheho. Bara bana babo rona ke karolo ea “ba etellang pele,” bao re lokelang ho ikokobelletsa bona le ho ba mamela. (Baheb. 13:7, 17) Esita le haeba re sa utloisise ka ho feletseng liqeto tse itseng tse entsoeng, rea tseba hore haeba re li tšehetsa, re tla rua molemo ka ho sa feleng. Ka lebaka leo, Jehova oa re hlohonolofatsa ha re mamela Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae. Ha re etsa joalo, re bontša hore re ikokobelletsa Morena, e leng Jesu Kreste.
15 Ha ho pelaelo hore re na le mabaka a mangata a ho tšepa lekhoba le tšepahalang le le masene. Molimo oa tsamaiso ena ea lintho, e leng Satane, o leka ka matla ho senya lebitso la Jehova le mokhatlo oa hae. (2 Bakor. 4:4) U se ke ua tšoasoa ke maqiti a kotsi a Satane! (2 Bakor. 2:11) O oa tseba hore o saletsoe ke “nako e khutšoanyane” pele a liheloa ka mohohlong, ’me o leka ka matla ho etsa hore bahlanka ba Jehova ba furalle Molimo. (Tšen. 12:12) Kahoo, ha Satane a ntse a leka ka matla ho etsa hore re furalle Molimo, e se eka re ka matlafatsa kamano ea rona le Jehova. E se eka re ka tšepa Jehova le mokhatlo oo a o sebelisang ho tsamaisa batho ba hae kajeno. Ha re etsa sena re tla momahana.