PINA EA 12
Jehova o Tšoaneloa ke Thoriso
E Hatisitsoeng
1. Ntate Jehova, oa tšoaneleha
Ho fumana thoriso.
U lokile kahohle.
U na le matla hape u mosa.
U lerato kamehla.
2. U re utloela bohloko Ntate.
Leha re u siteloa
U ntse u re mamela.
U lula u re thusa kamehla
’Me oa re tataisa.
3. Bohle lefatšeng le leholimong
Ba ke ba u rorise
Le ho u halaletsa.
Ntate Jehova, oa tšoaneleha
Ho fumana thoriso.
(Sheba le Deut. 32:4; Liprov. 16:12; Mat. 6:10; Tšen. 4:11.)