PINA EA 13
Kreste o re Behetse Mohlala
E Hatisitsoeng
1. Jah o re bontšitse
Hore oa re rata.
O tetse Mora molemong oa rona.
Kreste o behile
Mohlala o motle.
O ile a hlompha Ntate oa hae.
2. Lentsoe la Jehova
Le ile la etsa
Hore a be le tsebo le bohlale.
O tetse ntho tsohle,
A thabisa Ntate,
A etsa thato ea hae kamehla.
3. Re etsiseng Jesu
Ka ho mamela Jah
Le ho mo thabisa kamehla eohle.
Jah o tla re putsa
Bophelong ba rona
Ha re etsisa Jesu nthong tsohle.
(Sheba le Joh. 8:29; Baef. 5:2; Bafil. 2:5-7.)