August
Labone, la 1 August
Eseng kamoo ho ratang ’na, empa kamoo ho ratang uena.—Mat. 26:39.
Haeba re batla ho ba mesuoe e hloahloa, re lokela ho ba liithuti tse khothetseng. (1 Tim. 4:15, 16) Ka tsela e tšoanang, haeba Jehova a u file boikarabelo ba ho khalemela batho ba bang, u lokela ho lula u ikokobelitse ’me u lumelle hore a u tataise. Ha ba bang ba hlokomela hore u ikokobelitse, ba tla nolofalloa ho u hlompha le ho amohela keletso eo u ba fang eona. Nahana ka mohlala oa Jesu. Kamehla Jesu o ne a lula a mamela Ntate oa hae esita leha ho le boima. O ile a hopotsa balateli ba hae hore lithuto tseo a li rutang le bohlale ba hae li tsoa ho Jehova. (Joh. 5:19, 30) Kamehla Jesu o ne a etsa lintho tseo a li laetsoeng ke Ntate oa hae. Ke kahoo e neng e le mosuoe ea utloelang batho bohloko. Balateli ba hae ba ne ba thabela ho ba le eena. (Mat. 11:29) Mantsoe a Jesu a mosa a ile a khothatsa batho ba nyahameng le ba fokolang. (Mat. 12:20) Jesu o ne a ka ’na a tenehela baapostola ba hae ha ba ne ba phehisana khang ka hore na e moholo ho bona ke ofe. Ho e-na le hoo, o ile a ba eletsa ka mosa le ka lerato.—Mar. 9:33-37; Luka 22:24-27. w18.03 26 ¶15-16
Labohlano, la 2 August
Sena le sona joale sea le pholosa, e leng, kolobetso.—1 Pet. 3:21.
Ha Noe a ne a haha areka, o ne a bontša ka ho hlaka hore o ikemiselitse ho etsa thato ea Jehova. O ile a itella ho etsa mosebetsi oo Jehova a neng a mo file oona. Liketso tsa hae li ile tsa bontša hore o na le tumelo e matla. Kahoo, Jehova o ile a pholosa Noe le lelapa la hae ha a tlisa Moroallo. Ha Noe a haha areka o ne a bontša hore o na le tumelo. Ka tsela e tšoanang, ha Mokreste a kolobetsoa ke bopaki ba hore o inehetse ho Jehova hobane a e-na le tumelo ho Kreste. Bakreste ba etsisa Noe ka hore ba itelle ho etsa mosebetsi oo Jehova a ba fileng oona. Feela joalokaha Jehova a ile a pholosa Noe, o tla boela a pholose Bakreste ba inehetseng ho eena ha a felisa lefatše lena le khopo. (Mar. 13:10; Tšen. 7:9, 10) Kahoo, ho bohlokoa hore motho a inehele ho Jehova ’me a kolobetsoe. Haeba a le leqe ho etsa joalo, a ka lahleheloa ke tšepo ea bophelo bo sa feleng. w18.03 4 ¶3-4
Moqebelo, la 3 August
Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.—Liprov. 22:15.
Batsoali ba bang ba na le maikutlo a hore hafeela ngoana a e-s’o kolobetsoe, a ke ke a khaoloa. Ke hobane’ng ha mabaka ao e le a fosahetseng? (Jak. 1:22) Ke ’nete hore batsoali ba Bakreste ha ba batle hore bana ba bona ba kolobetsoe ba sa utloisise hore na kolobetso e bolela’ng. Leha ho le joalo, e ka ba phoso ho nahana hore ha ngoana a e-s’o kolobetsoe, ha a ikarabelle ka pel’a Jehova. Hafeela ngoana a tseba ho khetholla ntho e nepahetseng ho e fosahetseng, oa ikarabella ka pel’a Jehova. (Jak. 4:17) Batsoali ba bohlale ha ba nyahamise bana ba bona ha ba batla ho kolobetsoa. Ho e-na le hoo, batsoali e lokela ho ba mehlala e metle ’me ba ba rute ho rata lintho tseo Jehova a reng li nepahetse le ho hloea tseo a reng li fosahetse. (Luka 6:40) Ha ngoana a rata Jehova, o tla qoba ho etsa sebe hobane a batla ho etsa lintho tseo Jehova a reng li nepahetse.—Esa. 35:8. w18.03 11 ¶12-13
Sontaha, la 4 August
Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.—Gen. 6:9.
Noe o ile a tsoela pele ho tsamaea le Molimo lilemo tse ka bang 350 ka mor’a moroallo. (Gen. 9:28) Noe e bile mohlala o motle hakaakang ho rona oa ho mamela Molimo le ho ba le tumelo. Re ka mo etsisa ka ho tsoela pele re etsa lintho tse nepahetseng mahlong a Molimo, ka ho se be karolo ea lefatše lena la Satane le ka ho phathahana ka ho sebeletsa Jehova. (Mat. 6:33; Joh. 15:19) Tsela eo re phelang ka eona ha ea lokela ho tšoana le ea batho ba lefatše lena. Le mehleng ena, batho ba khesa bahlanka ba Jehova ka lebaka la ho tšepahalla melao ea Molimo ea boitšoaro. (Mal. 3:17, 18) Leha ho le joalo, joaloka Noe re tšaba Jehova eseng batho. Rea tseba hore ke eena feela ea fanang ka bophelo bo sa feleng. (Luka 12:4, 5) Empa ho thoe’ng ka uena? Na u tla lula u tšepa Jehova le haeba batho ba u soma, ba u tšoaea liphoso kapa u e-na le mathata a lichelete? Haeba u na le tumelo ’me u mamela Molimo joaloka Noe, kholiseha hore Jehova u tla u hlokomela.—Bafil. 4:6, 7. w18.02 4 ¶4, 8; 5 ¶9-10
Mantaha, la 5 August
Motho oa nama ha a amohele lintho tsa moea oa Molimo.—1 Bakor. 2:14.
Hona joale batho ba bangata ba phelela ho ikhotsofatsa. Moapostola Pauluse o re ba na le “moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele.” (Baef. 2:2) Moea ona o etsa hore batho ba latele bongata. Ba etsa lintho ho latela hore na bona ba batla’ng eseng hore na melao ea Molimo e re’ng. Hangata batho ba joalo ba nka hore maemo a bona, chelete kapa litokelo tsa bona li bohlokoa ho feta eng kapa eng. Batho ba se nang kamano e ntle le Molimo ba etsa “mesebetsi ea nama.” (Bagal. 5:19-21) Ke batho ba likhang, baa qabanya, ba khothalletsa ba bang ho ba marabele, ba isana makhotleng, ha ba hlomphe bohlooho ebile ba rata lijo le lino ho tlola. Motho ea se nang kamano e ntle le Molimo oa inehela ha a lekeha hore a etse ntho e fosahetseng.—Liprov. 7:21, 22. w18.02 19 ¶3-5
Labobeli, la 6 August
Batho e tla ba . . . ba ratang menyaka.—2 Tim. 3:2, 4.
Ha se phoso ho ithata ka tsela e nepahetseng ebile ha se phoso ho ba le chelete e lekaneng hore re phele. Ka tsela e tšoanang, ha se phoso ho ithabisa ka tsela e lekaneng. Jehova ha a batle hore re itime nako ea ho ithabisa le ho thabela bophelo. Ha Bibele e bua le bahlanka ba Molimo e re: “E-ea, u je lijo tsa hao ka thabo ’me u noe veine ea hao ka pelo e ntle.” (Moek. 9:7) Lengolo la 2 Timothea 3:4 le bua ka batho ba ratang menyaka ’me ba sa re letho ka Molimo. Hlokomela hore temana ena ha e re ba rata menyaka ho feta Molimo. Ho ne ho tla bolela hore ba rata Molimo le hoja ba mo rata hanyenyane. Empa e re ba rata menyaka “ho e-na le ho rata Molimo.” Setsebi se seng sa Bibele se re: “Temana ena ha e bolele hore ba rata Molimo le hanyenyane feela. Empa e re ha ba mo rate ho hang.” Ha e le hantle, e lemosa batho ba ratang menyaka. Bibele e hlalosa batho ba ratang menyaka e le ba ‘nkoang ke . . . menyaka ea bophelo bona.’—Luka 8:14. w18.01 25 ¶14-15
Laboraro, la 7 August
Hlompha Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa.—Liprov. 3:9.
Jehova ke Molimo ea fanang. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re nang le eona e tsoa ho eena. Lihloliloeng tsohle tsa bohlokoa tse lefatšeng ke tsa hae ’me o li sebelisa hore li re thuse ho phela. (Pes. 104:13-15; Hag. 2:8) Ka lilemo tse 40 Jehova o ile a fa Baiseraele manna le metsi ha ba ntse ba le lefeelleng. (Ex. 16:35; Neh. 9:20, 21) Hamorao Jehova o ile a fa moprofeta Elisha matla a ho etsa mohlolo ’me a eketse oli ea mosali oa mohlolohali ea tšepahalang. Mpho ena e tsoang ho Molimo e ile ea mo thusa hore a patale mekoloto ea hae ’me eena le bara ba hae ba khone ho phela ka chelete e setseng. (2 Mar. 4:1-7) Jesu le eena ka thuso ea Jehova o ile a etsa mohlolo oa ho fana ka lijo le chelete ha li ne li hlokeha. (Mat. 15:35-38; 17:27) Jehova a ka sebelisa lihloliloeng life kapa life e le hore lintho tseo a li bopileng li phele. Leha ho le joalo, o mema bahlanka ba hae hore ba tšehetse mosebetsi oa hae ka lintho tseo ba nang le tsona.—Ex. 36:3-7. w18.01 17 ¶1-3
Labone, la 8 August
Jehova, tlosa moea oa ka.—1 Mar. 19:4.
Ka Bibeleng ho na le bahlanka ba Jehova bao ka linako tse ling ba neng ba ikutloa eka ba ke ke ba khona ho mamella mathata a bona. (Jobo 7:7) Empa ba ile ba kopa Jehova hore a ba fe matla, ho e-na le hore ba tele. Jehova o ile a ba thusa hobane “o fana ka matla ho ea khathetseng.” (Esa. 40:29) Ka bomalimabe, ha Bakreste ba bang ba hlaheloa ke mathata a boima, ba khaotsa ho sebeletsa Jehova, joalokaha eka ho mo sebeletsa ke moroalo eseng tlhohonolofatso. Kahoo, ba khaotsa ho bala Bibele, ho ea libokeng le tšimong, e leng lintho tseo Satane a batlang hore ba khaotse ho li etsa. Satane oa tseba hore haeba re phathahana ka ho sebeletsa Jehova, tumelo ea rona e tla lula e le matla, e leng ntho eo a sa e batleng. Kahoo, ha u imetsoe, u se ke oa lahla Jehova. Ho e-na le hoo, lula u le haufi le eena hobane o tla u tiisa, a be a u matlafatse.—1 Pet. 5:10; Jak. 4:8. w18.01 7-8 ¶2-3
Labohlano, la 9 August
Jehova . . . [O] theolela Sheole, ’me Oa nyolla.—1 Sam. 2:6
Tlaleho ea bobeli ea tsoho e hlahang ka Mangolong ke ea motho ea tsositsoeng ke moprofeta Elisha. Mosali e mong oa Moiseraele ea hlaheletseng ea lulang Shuneme o ile a amohela moprofeta Elisha ka mofuthu lelapeng la hae. Jehova o ile a sebelisa moprofeta Elisha ho thusa mosali enoa ea neng a se na bana hore eena le mohats’a hae ba be le mora le hoja ba se ba tsofetse. Leha ho le joalo, ngoana eo o ile a shoa ka mor’a lilemo tse seng kae. Nahana ka bohloko boo ’mè eo a ileng a bo utloa. Mohats’a hae o ile a mo lumella hore a tsamaee sebaka sa lik’hilomithara tse 30 ho ea kopana le moprofeta Elisha thabeng ea Karmele. Elisha o ile a laela Gehazi e leng mohlokomeli oa hae hore a ba etelle pele ho ea Shuneme. Empa Gehazi ha aa ka a khona ho tsosa moshanyana eo. Eaba Elisha le ’mè oa moshanyana eo baa fihla. (2 Mar. 4:8-31) Ha Elisha a fihla Shuneme, o ile a fumana setopo sa moshanyana eo ka tlung eaba oa rapela. Ka mor’a hore moshanyana eo a tsohe, ’mè oa hae o ile a thaba haholo. (2 Mar. 4:32-37) Taba ea hore ebe moshanyana oa Shuneme o ile a tsoha, e bontša hore Jehova a ka tsosa bafu. w17.12 4 ¶7-8
Moqebelo, la 10 August
Booatla bo tlameletsoe pelong ea [ngoana].—Liprov. 22:15.
Kahoo, motho ea holileng o bonahala ka ho ba bohlale. Empa ho ke ke ha thoe motho o holile kelellong hobane feela a le lilemong tse itseng, empa hobane a tšaba Jehova a bile a ikemiselitse ho mo mamela. (Pes. 111:10) Haeba bana ba holile kelellong, ba ke ke ‘ba akhotsoa joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu ’me ba isoa koana le koana’ ke litakatso tsa bona kapa metsoalle ea bona. (Baef. 4:14) Ho e-na le hoo, ba tsoela pele ho etsa hore ‘matla a bona a ho lemoha a koetlisetsoe ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Baheb. 5:14) Ba bontša hore ba holile kelellong ka hore ba etse liqeto tse nepahetseng. Ke bona bohlale bo hlokehang e le hore motho a bolokehe. (Liprov. 24:14) U lokela ho etsa bonnete ba hore bana ba hao baa tseba hore na u ikutloa joang ka melao ea Jehova. Ba lokela ho bona ka tsela eo u phelang ka eona hore u nka melao ea Jehova e le bohlokoa.—Bar. 2:21-23. w17.12 20-21 ¶12-13
Sontaha, la 11 August
Tsoelang pele le tsamaea ka bohlale mabapi le ba ka ntle . . . Le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.—Bakol. 4:5, 6.
Batho ba bangata ba nahana hore batho ba ka khona ho itharollela mathata. Empa haeba taba eo e ne e le ’nete, e ne e tla bolela hore ha re hloke tataiso ea Molimo le hore re ka iketsetsa eng kapa eng eo re e batlang. Mohlomong u kile oa utloa batho ba re lintho tse kang lintoa, tlolo ea molao, mafu le bofutsana li ntse li fokotseha. Litsebi tse ling li re: “Lintho li ntse li ntlafala hobane batho ba khethile ho ntlafatsa lefatše.” Haeba u utloa batho ba bua ntho e itseng e etsang hore u belaelle seo u se lumelang, etsa lipatlisiso ka Bibeleng ’me u buisane le Mokreste-’moho le uena ka taba eo. Ipotse hore na ke hobane’ng ha ho tloaelehile hore batho ba bue joalo, hore na ke hobane’ng ha ho fosahetse le hore na u ka qoba menahano e joalo joang. Re ka itšireletsa khahlanong le menahano ea lefatše ka hore re mamele mantsoe a Pauluse a hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. w17.11 24 ¶14, 17
Mantaha, la 12 August
Molimo, kea u leboha ka hore ebe ha ke joaloka batho ba bang kaofela.—Luka 18:11.
Ke hobane’ng ha Bafarisi ba ne ba sa rate ho hauhela batho? Bibele e re ba ne “ba nka ba bang kaofela e se letho.” (Luka 18:9-14) U se ke oa etsisa Bafarisi. Etsisa Jehova ka hore u hauhele batho ba bang. (Bakol. 3:13) U ka etsa joalo ka hore u nolofalletse batho hore ba kope tšoarelo ho uena. (Luka 17:3, 4) Ipotse: ‘Na ke potlakela ho tšoarela batho esita le haeba ba mphoselitse ka makhetlo? Na ke ikemiselitse ho bopa khotso le motho ea mphoselitseng le ea nkutloisitseng bohloko?’ Re lokela ho ikokobetsa e le hore re khone ho tšoarela. Kaha Bafarisi ba ne ba nka ba phahametse batho ba bang, ba ile ba hloleha ho ba tšoarela. Empa kaha re Bakreste, re lokela ‘ho ikokobetsa kelellong re nka hore ba bang ba re phahametse.’ (Bafil. 2:3) Kahoo, ipotse: ‘Na ke etsisa Jehova ka hore ke ikokobetse?’ Haeba re ikokobelitse, ho tla ba bonolo hore batho ba kope hore re ba tšoarele, ebile re tla nolofalloa ho ba tšoarela. Potlakela ho tšoarela empa u liehe ho koata.—Moek. 7:8, 9. w17.11 14-15 ¶6-8
Labobeli, la 13 August
Ke ntho e ntle ho binela Molimo oa rōna lipina tsa thoriso.—Pes. 147:1.
Mohlomong u utloa u soabela ho bina ha u ipapisa le batho ba bang. Leha ho le joalo, kaofela re na le boikarabelo ba ho rorisa Jehova ka lipina. Kahoo, ha u bina, phahamisetsa buka holimo, u phahamise hlooho ebe u bina ho tsoa pelong. (Esdr. 3:11) Liholong Tsa ’Muso tse ngata ho na le liskrini tse hlahisang mantsoe a pina e le hore re khone ho bina hantle. Ke ntho e ntle hore ebe ho bina lipina tsa ’Muso ke karolo ea Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso sa baholo. Taba ena e bontša hore baholo ba lokela ho li hula nthau ha ho binoa libokeng. Batho ba bang ba tšaba hore ha ba bina ba tla etsa lerata haholo. Ba bang ba nahana hore mantsoe a bona ha a monate. Empa re lokela ho hopola hore le hoja “re khoptjoa hangata” ha re bua, taba eo ha e etse hore re ikutloe re tšaba ho bua. (Jak. 3:2) Kahoo, ha rea lokela ho khaotsa ho binela Jehova hobane feela mantsoe a rona a se monate. w17.11 4-5 ¶9-10
Laboraro, la 14 August
Ho tla etsahala—haeba ruri le tla mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna.—Zak. 6:15.
Moprofeta Zakaria o ne a lokela ho nahana ka lintho tse supileng tseo a li boneng. E tlameha ebe o ile a khothala ha a utloa hore Jehova o tšepisa hore o tla ahlola batho ba khopo ho latela liketso tsa bona. Leha ho le joalo, lintho li ne li e-s’o fetohe. Ho ne ho ntse ho e-na le batho ba khopo le ba sa tšepahaleng ’me ho ntse ho e-s’o tsosolosoe tempele e Jerusalema. Ke hobane’ng ha Bajuda ba ile ba potlakela ho tlohela mosebetsi oo Jehova a ba fileng oona? Na ba ne ba khutletse Jerusalema hore ba phethe mabaka a bona? Jehova o ne a tseba hore na batho ba hae ba hloka eng. O ile a bontša Zakaria pono ea ho qetela e le ho bontša batho ba Hae kamoo a ba ratang kateng le hore o ananela hore ebe baa mo sebeletsa. Mabapi le ho hahoa ha tempele, Jehova o ile a tšepisa Baiseraele mantsoe a temana ea letsatsi ea kajeno. w17.10 26 ¶1; 27 ¶5
Labone, la 15 August
Molimo . . . oa sebetsa ho lōna e le hore le rate le be le sebetse.—Bafil. 2:13.
Barab’abo rona ba lokela ho ba sebete ha ba sebeletsa Jehova. Ha ba ikemiselitse ho ba bahlanka ba sebeletsang kapa baholo, phutheho e rua molemo haholo. (1 Tim. 3:1) Empa ba bang ba ka ’na ba e-ba leqe ho ba bahlanka ba sebeletsang kapa baholo. E ka ’na eaba mor’abo rona o ile a etsa liphoso nakong e fetileng, joale o ikutloa a sa tšoanelehe ho ba moholo kapa mohlanka ea sebeletsang. E mong a ka ’na a ikutloa a sa tšoanelehe ho etsa mosebetsi o itseng. Haeba u ikutloa joalo, Jehova o tla u thusa hore u be sebete. (Bafil. 4:13) Hopola hore Moshe le eena o kile a ikutloa ka tsela e tšoanang. (Ex. 3:11) Empa Jehova o ile a mo thusa hore a be sebete eaba o khona ho etsa mosebetsi oo a neng a lokela ho o etsa. Mor’abo rona a ka ba sebete ka hore a bale Bibele letsatsi le letsatsi ’me a rapele Jehova hore a mo thuse. Hape o lokela ho nahanisisa ka mehlala ea batho ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba e-ba sebete. A ka kopa baholo hore ba mo rupele ’me a lule a le malala-a-laotsoe ho thusa ka phuthehong. w17.09 32 ¶19
Labohlano, la 16 August
Lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.—Esa. 40:8.
Ha rea lokela ho nahana hore mosebetsi oa ho fetolela Bibele ea Septuagint, ea Wycliffe, ea King James kapa Bibele ea phetolelo efe kapa efe o ne o bululetsoe ke Molimo ka ho toba. Leha ho le joalo, ha re sheba kamoo Libibele tsena li ileng tsa fetoleloa kateng, rea hlokomela hore Jehova o phethahalitse tšepiso ea hae ea hore Lentsoe la hae le tla lula le le teng. Kahoo, re na le tumelo ea hore lintho tsohle tseo Jehova a re tšepisitseng tsona li tla fela li etsahale. (Josh. 23:14) Ha re sheba kamoo Jehova a ileng a sireletsa Lentsoe la hae kateng, re mo rata le ho feta ’me tumelo ea rona ea matlafala. Empa ke hobane’ng ha Jehova a ile a re fa Bibele ebe u re tšepisa hore o tla e sireletsa? Hobane oa re rata ebile o batla ho re ruta e le hore re itsoele molemo. (Esa. 48:17, 18) Kahoo, re susumelletseha ho rata Jehova le ho mo mamela.—1 Joh. 4:19; 5:3. w17.09 21-22 ¶13-14
Moqebelo, la 17 August
Hlompha ntat’ao le ’m’ao.—Baef. 6:2.
Ho ruta bana ba hao ka Jehova ho ka ba boima ka linako tse ling haeba molekane oa hao e se Paki. Behela bana ba hao mohlala ka ho mo hlompha. Ananela lintho tse ntle tseo a li etsang. Qoba ho ngangisana le molekane oa hao ka pel’a bana. Ho e-na le hoo, ba hlalosetse hore ba lokela ho iketsetsa qeto ea hore na ba tla sebeletsa Jehova kapa che. Boitšoaro bo botle ba bana bo ka thusa hore molekane ea sa rapeleng Jehova a batle ho ithuta Bibele. Banna ba bang ba thibela basali ba bona ba Bakreste ho ruta bana ka Jehova kapa ho ea le bona libokeng. Leha ho le joalo, mosali oa Mokreste o lokela ho etsa seo a ka se khonang ho ruta bana ba hae ka Jehova. (Lik. 16:1; 2 Tim. 3:14, 15) Le hoja a hlompha qeto ea monna oa hae, o ntse a ka bua le bana ka tumelo ea hae ha monyetla o hlaha. Ka tsela eo ba ka khona ho ithuta ka Jehova le melao ea hae.—Lik. 4:19, 20. w17.10 14 ¶9-10
Sontaha, la 18 August
Le be baetsisi ba Molimo, joalka bana ba ratoang.—Baef. 5:1.
Jehova o bopile batho ka setšoantšo sa hae. Kahoo, kaha Jehova o utloela batho bohloko, esita le batho ba sa tsebeng letho ka Jehova, ba utloelana bohloko. (Gen. 1:27) Ka Bibeleng ho na le batho ba bangata ba ileng ba utloela ba bang bohloko kapa ba ba qenehela. Nahana ka basali ba babeli ba neng ba entse khang ka hore na ’m’a lesea ke ofe lipakeng tsa bona. Ha Solomone a khaola khang ena o ile a re ngoana eo a khaoloe ka lehare. Eaba ’mè oa ngoana o re ngoana eo a ka mpa a fuoa mosali e mong kaha o ne a qenehela lesea la hae. (1 Mar. 3:23-27) Ha Moshe e sa le lesea, morali oa Faro o ile a mo pholosa. Le hoja a ne a tseba hore ngoana eo ke Moheberu ea neng a lokela ho bolaoa, o ile a “mo qenehela” eaba o etsa qeto ea hore a ikholisetse eena.—Ex. 2:5, 6. w17.09 8-9 ¶2-3
Mantaha, la 19 August
[Jehova] ha a le felle pelo.—2 Pet. 3:9.
Kaha re barapeli ba Jehova, re lokela ho ikokobetsa. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo. (Liprov. 22:4.) Ha re ikokobelitse re tla bopa khotso ’me re etse hore phutheho e momahane. Hape Jehova o tla re hauhela. Moapostola Petrose o ile a re: “Kaofela ha lōna itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.” (1 Pet. 5:5) Mehleng ena, ha motho a le bonolo a bile a khona ho mamella, o nkoa e le lekoala. Empa maikutlo ao a fosahetse. Ao ke a mang a makhabane ao Jehova Molimo ea phahameng ka ho fetisisa a nang le ’ona. Jehova ke mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho ba bonolo le ho mamella. Nahana kamoo a ileng a mamella kateng ha Abrahama le Lota ba mo botsa lipotso. (Gen. 18:22-33; 19:18-21) Jehova o ile a boela a mamella liketso tsa Baiseraele ka lilemo tse fetang 1 500.—Ezek. 33:11. w17.08 25 ¶13-14
Labobeli, la 20 August
Khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna.—Bafil. 4:7.
Ha re rapela Molimo re tla ba le khotso. Empa Pauluse o ile a re ‘khotso ea Molimo e feta monahano oohle.’ O ne a bolela’ng? Bafetoleli ba bang ba Bibele ba re khotso ea Molimo “e feta litoro tsohle tsa rona” kapa “e molemo ho feta lintho tseo batho ba ka li rerang.” Kahoo, Pauluse o ne a bolela hore “khotso ea Molimo” e molemo ho feta kamoo re ka nahanang kateng. Le hoja re ke ke ra tseba hore na re tsoa le hokae ha mathata a re hloele setha, Jehova eena oa tseba ebile a ka etsa lintho tseo re sa li lebellang. (2 Pet. 2:9) Ke joang re ka lulang re e-na le “khotso ea Molimo” leha re e-na le mathata? Ka ho lula re e-na le kamano e ntle le Jehova Molimo oa rona. Ke feela ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste re ka bang le kamano e joalo le Molimo. E ’ngoe ea lintho tseo re neng re sa li lebella eo Jehova a e entseng ke hore a fane ka mora oa hae hore a tl’o re shoela. Re khona ho ba le letsoalo le khutsitseng le kamano e ntle le Jehova ka lebaka la sehlabelo seo sa thekollo.—Joh. 14:6; Jak. 4:8; 1 Pet. 3:21. w17.08 10 ¶7; 12 ¶15
Laboraro, la 21 August
Pelo e hlokomela bohloko ba moea oa motho, ’me ha ho osele ea tla kena-kenana le ho thaba ha eona.—Liprov. 14:10.
Ka linako tse ling, ho ka ba thata hore motho ea hlokahalletsoeng a hlalose hore na o ikutloa joang. Esita leha motho a ka leka ho hlalosa kamoo a ikutloang kateng, ha ho bonolo hore batho ba bang ba utloisise hantle hore na o re’ng. Kahoo, re ka thatafalloa ho tseba hore na re re’ng ho motho ea hlokahalletsoeng. Hangata ntho e ka tšelisang le ho feta ke ho ‘lla le batho ba llang.’ (Bar. 12:15) Haeba u thatafalloa ho bua le motho ea hlokahalletsoeng, ho ka ba bonolo ho mo tšelisa ka ho mo ngolla karete, lengolo kapa ho mo romella molaetsa. U ka qotsa temana e itseng, oa ngola ka makhabane a motho eo ea hlokahetseng kapa oa bua ka lintho tse monate tse ileng tsa etsahala a le teng. U se ke oa halala matla a lithapelo tsa hao, ebang u rapella Mokreste ea hlokahalletsoeng kapa u rapela le eena. w17.07 14-16 ¶13-16
Labone, la 22 August
Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.—Mat. 19:6.
Ho ka etsahala’ng haeba mathata ao banyalani ba sa a lebellang a hlaha lenyalong hoo ba ka bang ba nyahama? Banyalani ba ka nahana ka tsela eo Jehova a ileng a sebelisana le Baiseraele ka eona. Jehova o ne a ipitsa monna oa sechaba sa Iseraele. (Esa. 54:5; 62:4) Mathata a ileng a hlaha a ne a le boima. Empa Jehova ha aa ka a potlakela ho lahla Baiseraele. (Pes. 106:43-45) Ha re ithuta lintho tsena ka Jehova, re mo rata haholoanyane. Banyalani ba ratang Jehova ba lokela ho mo etsisa ka hore ha mathata a hlaha, ba se ke ba lahla balekane ba bona ka mabaka a khahlanong le Mangolo. Ba lokela ho hlokomela hore Jehova o ba kopantse ’me o batla hore ba lule ba le ’moho. Ba ka hlalana haeba molekane e mong a entse bohlola. (Mat. 19:5, 9) Ba ka bontša hore ba tšehetsa bobusi ba Jehova ka hore ba sebetse ’moho ho rarolla mathata ao ba nang le ’ona. w17.06 31 ¶17-18
Labohlano, la 23 August
Mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo.—Gen. 3:5.
Satane o ile a belaella tokelo ea Jehova ea ho busa batho. O batla hore re nahane hore Jehova ke ’Musi ea nang le bobolu ebile ha a batle ha re fumana lintho tse ntle. Hape, o batla hore re nahane hore re tla thaba haeba re ipusa. (Gen. 3:1-4) O boetse o re ha motho a ka hlaheloa ke mathata a ka khaotsa ho tšehetsa bobusi ba Jehova. (Jobo 2:4, 5) Kahoo, Jehova o fane ka nako e le hore ho bonahale hore na bophelo bo ba joang kantle ho puso ea hae. Jehova oa tseba hore lintho tseo Satane a mo qosang ka tsona ke leshano. Kahoo, ke hobane’ng ha a lumeletse hore ho fete nako hore ho bonahale hore na liqoso tsa Satane ke ’nete kapa che? Karabo ea potso eo e ama mangeloi le batho. (Pes. 83:18) Adama le Eva ha baa ka ba lumela ho busoa ke Jehova ’me hamorao batho ba bang le bona ba ba etsisa. Ka lebaka leo, batho ba ka ’na ba nahana hore Satane o ne a bua ’nete. w17.06 22-23 ¶3-4
Moqebelo, la 24 August
E-eang ’me le etse batho ba lichaba . . . barutuoa.—Mat. 28:19.
Ha motho a etsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa, o ithuta mekhoa e metle ea ho sebetsa le ea ho buisana le batho. O boetse o khona ho itšepa le ho bua lintho tse loketseng ka nako e loketseng. (Liprov. 21:5; 2 Tim. 2:24) Empa habohlokoa le ho feta ke hore motho a ka khona ho tseba Mangolo a mo thusang ho emela tumelo ea hae. Le uena u ka khona ho ithuta ho sebetsa le Jehova. (1 Bakor. 3:9) U ntse u ka thabela ho etsa barutuoa le haeba e le batho ba seng bakae feela ba mamelang. Litho tsa phutheho li lokela ho sebetsa ’moho ho etsa barutuoa. Le hoja mohoeletsi a le mong e le eena ea fumanang motho ea thahasellang, kaofela ba kentse letsoho hore ba mo fumane. Kahoo, kaofela re lokela ho thaba. Mohlala, Brandon o qetile lilemo tse robong a sebetsa tšimo empa a sa fumane barutuoa. O re: “Le hoja ke e-s’o fumane motho ea qetellang a kolobetsoa, bahoeletsi ba bang ba ba fumane. Ke thabisoa ke hore ebe ke pula-maliboho mosebetsing ona oa ho etsa barutuoa.”—Moek. 11:6. w17.07 23 ¶7; 24 ¶9-10
Sontaha, la 25 August
Sefahleho sa hae ha sea ka sa hlola se tšoenyeha.—1 Sam. 1:18.
Anna o ne a sa khone ho ba le bana empa mohalitsong oa hae Penina o ne a e-na le bona. (1 Sam. 1:4-7) Penina o ne a lula a soma Anna “selemo le selemo.” Ka lebaka leo Anna o ne a lula a utloile bohloko a bile a tetebetse maikutlo. O ile a rapela Jehova a kopa thuso. (1 Sam. 1:12) O ne a tšepile hore Jehova o tla mo fa mora kapa a mo tšelise ka tsela e ’ngoe e itseng. Kaha ha rea phethahala ebile re phela lefatšeng le busoang ke Satane, re tla lula re thulana le mathata le matšoenyeho. (1 Joh. 5:19) Empa rea tšeliseha ha re tseba hore Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakor. 1:3) Ntho e ’ngoe e ka re thusang ha re le mathateng ke ho rapela. Anna o ile a bolella Jehova kamoo a ikutloang kateng. Ha re hlaheloa ke mathata ha rea lokela ho bolella Jehova mathata a rona feela, empa re lokela ho mo kopa ka tieo hore a re thuse ’me re mo bolelle hore na re ikutloa joang.—Bafil. 4:6, 7. w17.06 6 ¶10-11
Mantaha, la 26 August
Simone mora oa Johanne, na u nthata ho feta tsee?—Joh. 21:15.
Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba ile ba qeta bosiu ba sa atleha ho tšoasa tlhapi leha e se e le ’ngoe. Ha e e-ba hoseng, Jesu a ema lebopong la leoatle a ba shebella. Eaba o re ho bona: “‘Lahlelang letlooa ka lehlakoreng le letona la sekepe ’me le tla li fumana.’ Joale ba le lahlela, empa ba se ke ba hlola ba khona ho le hula ka lebaka la litlhapi tse ngata haholo.” (Joh. 21:1-6) Ka mor’a moo, o ile a ba ngoathela eaba o bua mantsoe a hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. Hantle-ntle Jesu o ne a bua ka’ng? Petrose o ne a rata mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi haholo. Kahoo, Jesu o ne a botsa Petrose hore na o rata mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi ho mo feta. Petrose o ile a mo araba a re: “E, Morena, ua tseba hore kea u rata.” (Joh. 21:15) Petrose o ile a fela a bontša hore o rata Jesu. Ho tloha ka nako eo, o ile a phathahana ka ho bolela litaba tse molemo, ’me a thusa phutheho ea Bokreste haholo mehleng ea hae. w17.05 22 ¶1-2
Labobeli, la 27 August
Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?—Baheb. 13:6.
Kaha Pauluse o ne a tšepile Jehova, o ile a atleha ho sebetsana le mathata a hae. Ha aa ka a itumella hore a nyahamisoe ke mathata. O thusitsoe ke’ng hore a lule a le matla joalo? O ne a tšepile “Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” (2 Bakor. 1:3, 4) Kaha ha re rapela re bua le Jehova, kamano ea rona le eena e tla ba matla. (Pes. 86:3; 1 Bathes. 5:17; Bar. 12:12) Ha re bolella Ntate oa rona ea leholimong mabinabine a lipelo tsa rona, re tla ba metsoalle ea hae hobane o ‘utloa thapelo’. (Pes. 65:2) Hape, haeba re kholisehile hore Jehova o araba lithapelo, re tla mo rata le ho feta. Re tla hlokomela hore “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena.” (Pes. 145:18) Haeba re kholisehile hore Jehova o re tšehelitse, re tla atleha ho sebetsana le mathata leha e le afe. w17.05 19 ¶9-10
Laboraro, la 28 August
Jehova, o bona seo pelo e leng sona.—1 Sam. 16:7.
U tla etsa’ng haeba baholo ba etsa qeto eo u sa e utloisiseng kapa u sa lumellane le eona? Boemo bo joalo bo ka leka tumelo ea rona ’me ba etsa hore re belaelle tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona a sebelisa mokhatlo oa hae. Ho ikokobetsa ho ka u thusa joang ha u le maemong a tšoanang le aa? Nahana ka litsela tsena tse peli. Tsela ea pele, ha re ikokobelitse re tla hlokomela hore ha re tsebe lintlha kaofela. Ho sa tsotellehe hore na re tseba taba e itseng hakae, ke Jehova feela ea tsebang se ka pelong ea motho. Ho tseba ’nete ena ho tla etsa hore re ikokobetse, re lumele hore re na le tsebo e fokolang le hore re lokise tsela eo re shebang lintho ka eona. Tsela ea bobeli, ha re ikokobetsa re tla khona ho mamella ha re ntse re emetse hore Jehova a lokise lintho tse entsoeng ka ho hloka toka. Monna e mong ea bohlale o ile a re: “Lintho li ke ke tsa tsamaea hantle ho ea khopo, leha e le hore o tla lelefatsa matsatsi a hae.” (Moek. 8:12, 13) Ho ikokobetsa hoa thusa.—1 Pet. 5:5. w17.04 25-26 ¶10-11
Labone, la 29 August
Ha e le hantle ke koetetsoe naheng ea Baheberu; le mona ha kea etsa letho ho hang leo ka lona ba lokelang ho nkenya ka sekoting sa chankana.—Gen. 40:15.
Ho hlakile hore Josefa e ne e le lehlatsipa la ho tšoaroa ka leeme. O ile a boela a hlalosa ka ho hlaka hore o koalletsoe a se na molato. Kahoo, o ile a kopa moqhatsetsi hore a mo buelle ho Faro. Hobane’ng? Hobane o ne a batla hore a ‘mo ntše ka tlung eo.’ (Gen. 40:14) Na mantsoe a Josefa a bontša hore o ne a amohetse boemo ba hae? Che. O ne a hlokomela hore o tšoeroe ka ho hloka toka ka makhetlo a mangata. O ile a hlalosetsa moqhatsetsi litaba tsa hae ka ho hlaka, hobane o ne a ka ’na a khona ho mo thusa. Leha ho le joalo, hlokomela hore ha ho letho ka Mangolong le bontšang hore Josefa o ile a bolella batho ba bang, esita le Faro, hore bara babo e ne le bona ba mo koetetseng. Ha e le hantle, ha bara babo Josefa ba tla Egepeta ’me ba boelana le eena, Faro o ile a ba amohela ’me a re ba thabele “karolo e ntle ea naha eohle.”—Gen. 45:16-20. w17.04 20-21 ¶12-13
Labohlano, la 30 August
O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!—Bar. 11:33.
Lebaka le leng leo ka lona Jehova a lokelang ho re busa ke hobane o bohlale ebile o tseba lintho tsohle tse hlokehang hore bophelo bo be teng. Ka mohlala, o ile a fa mora oa hae matla a ho phekola mafu a hlolang lingaka. (Mat. 4:23, 24; Mar. 5:25-29) Taba ena e ne e se mohlolo ho Jehova. Oa tseba hore na ’mele o sebetsa joang ebile a ka khona ho o folisa. Jehova a ka boela a tsosa bafu a ba a thibela likoluoa tsa tlhaho. Linaha tsa lefatše li ntse li leka ho ikopanya ho etsa hore ho be le khotso pakeng tsa tsona. Empa Jehova a ka etsa hore ho be le khotso lefatšeng a le mong kaha o bohlale. (Esa. 2:3, 4; 54:13) Ha re ntse re ithuta kamoo Jehova a leng bohlale kateng, re ka ikutloa joaloka moapostola Pauluse ha a bua mantsoe a hlahang temaneng ea kajeno ea letsatsi. w17.06 28 ¶6-7
Moqebelo, la 31 August
Seo Molimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.—Mar. 10:9.
Mehleng ena batho ba bang ba na le maikutlo a fosahetseng ka lenyalo. Ha ho hlaha mathata, ba lahla tšepo ’me baa hlalana. Empa Bakreste ha baa lokela ho etsa joalo. (1 Bakor. 7:27) Ho qhala lenyalo ke ho thetsa Molimo. Molimo o hloile batho ba leshano! (Lev. 19:12; Liprov. 6:16-19) Jehova o hloile tlhalo. (Mal. 2:13-16) Jesu o ile a re lebaka le le leng feela le tšehetsoang ke Mangolo le ka etsang hore lenyalo le qhalane, ke ha Mokreste e mong a entse bofebe ’me molekane oa hae a sa mo tšoarele. (Mat. 19:9; Baheb. 13:4) Joale ho thoe’ng ka ho arohana? Bibele e hlakile le ntlheng ena. (1 Bakor. 7:10, 11) Bibele ha e bolele hore na mabaka a ka etsang hore banyalani ba arohane ke afe. Leha ho le joalo, banyalani ba bang ba bone ho le molemo hore ba arohane tlas’a maemo a itseng, e leng ha molekane a beha bophelo ba e mong kotsing ka ho mo hlekefetsa, kapa a mo thibela ho sebeletsa Jehova. w17.04 7 ¶14-16