May
Moqebelo, la 1 May
Re laele seo re tšoanelang ho se etsa ho ngoana.—Baahl. 13:8.
Batsoali ba ka etsa’ng ho thusa bana ba bona ho rata Jehova? Rapella thuso ho Jehova feela joalokaha Manooa a ile a etsa. Hape beha mohlala o motle. Ke ’nete hore lintho tseo u li buang li susumetsa ngoana oa hao empa lintho tseo u li etsang li ka mo susumetsa le ho feta. E tlameha ebe Josefa le Maria ba ile ba behela Jesu le banab’abo mohlala o motle. Josefa o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa la hae. Hape o ile a le khothalletsa ho rata ho sebeletsa Jehova. (Deut. 4:9, 10) Josefa o ne a ea le lelapa la hae Jerusalema “selemo le selemo” ho ea keteka Paseka. (Luka 2:41, 42) Mohlomong bo-ntate ba bang ba ne ba nahana hore ho tsamaea le lelapa lohle ho boima, ho nka nako e telele ebile ho hloka chelete e ngata. Empa ho hlakile hore Josefa eena o ne a nka e le habohlokoa ho ba le kamano e ntle le Jehova ’me o ile a ruta bana ba hae ho etsa se tšoanang. Hape, Maria o ne a tseba Mangolo hantle. E tlameha ebe o ne a ruta bana ba hae ho rata Lentsoe la Molimo ka lintho tseo a neng a li bua le tseo a neng a li etsa. w19.12 24-25 ¶9-12
Sontaha, la 2 May
’Na ke oa nama, ke rekisitsoe tlas’a sebe.—Bar. 7:14.
Re bona bopaki ba hore Jehova oa re rata ha re nahana ka hore na o ile a etsa’ng ha Adama a sa mo mamele. Ho se mamele ha Adama ho ile ha etsa hore eena le bana ba hae ba lahleheloe ke monyetla oa ho ba karolo ea lelapa le thabileng la Jehova. (Bar. 5:12) Jehova ha aa ka a phutha matsoho eaba o tlohela bana ba Adama feela. Jehova o ile a fa Adama kotlo empa a fa bana ba hae tšepo feela joalokaha a ne a tšepisitse. O ile a fana ka tšepiso ea hore batho ba mo mamelang e tla ba karolo ea lelapa la hae hape. (Gen. 3:15; Bar. 8:20, 21) Jehova o entse hore taba ena e khonehe ka sehlabelo sa Mora oa hae ea ratoang Jesu. Jehova o ile a bontša hore o re rata haholo ka hore a re fe Mora oa hae. (Joh. 3:16) Jehova ke ntate eo motho e mong le e mong a ka batlang ho ba le eena. O utloa lithapelo ’me o re fa lintho tsohle tseo re li hlokang hore re phele le hore re mo sebeletse. Oa re koetlisa le ho re tšehetsa. O tla boela a re etsetse lintho tse ntle le nakong e tlang. Rea thaba ho tseba hore ntate oa rona oa re rata le hore oa re tsotella. w20.02 6 ¶16-17; 7 ¶20
Mantaha, la 3 May
Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.—Pes. 94:19.
Na u kile oa hlaheloa ke ntho e ileng ea etsa hore u tšoenyehe haholo? Mohlomong e bile ka lebaka la ntho eo motho e mong a ileng a e bua kapa a e etsa. Kapa mohlomong u tšoentsoe ke ntho eo u ileng oa e bua kapa oa e etsa. Mohlala, mohlomong u entse phoso e itseng joale u ngongorehile ka hore na Jehova o tla u tšoarela. Hape ho lula u tšoenyehile ka ntho e itseng, ho etsa hore u nahane hore mohlomong u motho ea mobe kapa ha u na tumelo e matla. Nahana ka mehlala e seng mekae e hlahang ka Bibeleng. Anna e ne e le ’mè oa moprofeta Samuele ’me o ne a e-na le tumelo e matla. Empa o ile a tšoenyeha haholo ha e mong oa lelapa la hae a mo tšoara hampe. (1 Sam. 1:7) Moapostola Pauluse o ne a e-na le tumelo e matla empa o ile a ngongoreha le ho “tšoenyeha ka liphutheho tsohle.” (2 Bakor. 11:28) Morena Davida le eena o ne a e-na le tumelo e matla hoo Jehova a neng a mo rata haholo. (Lik. 13:22) Ho ntse ho le joalo, o ile a etsa liphoso tse ileng tsa mo utloisa bohloko le ho mo tšoenya haholo. (Pes. 38:4) Jehova o ile a khothatsa le ho tšelisa e mong le e mong oa bona. w20.02 20 ¶1-2
Labobeli, la 4 May
Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole.—Mat. 16:24.
Ha u inehela ho Jehova, u mo rapela ka pelo ea hao eohle u mo bolella hore u tla mo sebeletsa bophelo bohle ba hao. Ha u inehela ho Jehova, u itella ho mo sebeletsa. U se u le oa hae, e leng tlotla e kholo ka ho fetisisa. (Bar. 14:8) Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, u mo bolella hore ntho e tla tla pele bophelong ba hao ke ho mo khahlisa, eseng ho ikhahlisa. Boinehelo ke kano kapa tšepiso e tiileng eo u e etsetsang Molimo. Jehova ha a re qobelle hore re etse kano e joalo. Empa haeba re e etsa, o lebeletse hore re e phelele. (Pes. 116:12, 14) Ha ho na motho ea tsebang ha u inehela ho Molimo. Athe ha u kolobetsoa teng, u bonoa ke batho ba bangata ’me hangata e ba likopanong. Ha u kolobetsoa, u bontša batho hore u inehetse ho Jehova. Kahoo, kolobetso e etsa hore batho ba bone hore u rata Jehova ka pelo ea hao eohle, kelello ea hao eohle, moea oa hao oohle le ka matla a hao ’ohle le hore u entse qeto ea ho mo sebeletsa bophelo ba hao bohle.—Mar. 12:30. w20.03 9 ¶4-5
Laboraro, la 5 May
Ho se ke ha e-ba le ea mong ea le ekang.—2 Bathes. 2:3.
Satane o etsa hore batho ba lebale ka Jehova. Ka mor’a hore baapostola ba Jesu ba hlokahale, Bakreste ba bang bao e neng e se e le bakoenehi ba ile ba qala ho ruta lithuto tse fosahetseng. (Lik. 20:29, 30) Bakoenehi bana ba ile ba qala ho etsa hore batho ba lebale hore na Molimo oa ’nete ke mang. Mohlala, ba ile ba khaotsa ho sebelisa lebitso la Molimo liphetolelong tsa bona tsa Bibele, eaba ba le nkela sebaka ka litlotla tse kang “Morena.” Ho tlosa lebitso la Molimo le ho le nkela sebaka ka “Morena” ho ile ha thatafaletsa batho ba balang Bibele hore ba bone hore na Jehova o fapane joang le melimo e meng e hlahang ka Mangolong. (1 Bakor. 8:5) Ba ile ba sebelisa tlotla “Morena,” bakeng sa Jehova le Jesu, e leng se ileng sa thatafaletsa batho ho tseba hore Jehova le Jesu ha se motho a le mong. (Joh. 17:3) Pherekano ena ke eona e ileng ea etsa hore ho qetelle ho e-na le thuto e sa thehoang Mangolong ea Boraro-bo-teroneng. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba lumela hore ho ke ke ha khoneha hore ba tsebe Molimo. Leo ke leshano le le kaakang!—Lik. 17:27. w19.06 5 ¶11
Labone, la 6 May
U phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.—2 Tim. 4:5.
Tsela eo re ka phetha mosebetsi oa rona oa boboleli ka botlalo ke ka hore re ntlafatse tsela eo re rutang ka eona. (Liprov. 1:5; 1 Tim. 4:13, 15.) Re thaba haholo hore ebe re “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Haeba re “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo” ebile re tsepamisa likelello tsa rona mosebetsing oa boboleli, re tla ‘sebeletsa Jehova ka thabo.’ (Bafil. 1:10; Pes. 100:2) Joaloka baboleli ba ’Muso oa Molimo, re ka kholiseha hore Jehova o tla re fa matla a hore re phethe mosebetsi oa rona ka botlalo ho sa tsotellehe mathata a ka re hlahelang. (2 Bakor. 4:1, 7; 6:4) Ho sa tsotellehe hore na re qeta nako e kae mosebetsing oa boboleli, re tla ba le “sesosa sa thabo” haeba re o etsa ka lipelo tsohle. (Bagal. 6:4) Haeba re etsa mosebetsi oa rona oa boboleli ka botlalo, re tla be re bontša hore re rata Jehova le moahisane. “Ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.”—1 Tim. 4:16. w19.04 6 ¶15; 7 ¶17
Labohlano, la 7 May
Satane [o khelosa] lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.—Tšen. 12:9.
Tsela e ka sehloohong eo Satane le bademona ba hae ba lekang ho khelosa batho ka eona ke ka ho sebelisana le meea. Batho ba sebelisanang le meea ba bolela hore ba tseba lintho tseo batho ba bang ba sa li tsebeng kapa ba ka etsa lintho tseo ba bang ba ke keng ba khona ho li etsa. Mohlala, ba bolela hore ba ka khona ho tseba bokamoso ka ho bo noha kapa ho lepa linaleli. Ba bang ba ka ’na ba etsa eka ba ntse ba bua le batho ba hlokahetseng. Ba bang bona ba sebelisa boloi kapa boselamose, ’me ba ka ’na ba leka ho betsa motho ka mantsoe a boloi. Phuputsong e entsoeng linaheng tse 18 tsa Latin America le Caribbea, ho fumanoe hore hoo e ka bang motho a le mong ho ba bararo o lumela boselamose, boloi, kapa bonohe. Ho boetse ho na le palo e lekanang le eo e lumelang hore batho ba ka khona ho bua le ba hlokahetseng. Ho ile ha etsoa phuputso e ’ngoe hape linaheng tse 18 tsa Afrika. Teng ho fumanoe hore motho a le mong ho ba babeli bao ho builoeng le bona o lumela hore boloi ke ntho e teng. Ho hlakile hore ho sa tsotellehe hore na re phela hokae re lokela ho itšireletsa khahlanong le tšebelisano le meea. w19.04 20-21 ¶3-4
Moqebelo, la 8 May
[Elang hloko] hore ho se ke ha e-ba le sehlola [har’a lona].—Baheb. 12:16.
Jehova Molimo o hloile bokhopo ka litsela tsohle. (Pes. 5:4-6) Ka ho khetheha o hloile ho hlekefetsoa ha bana ka motabo, kaha ke sebe se soto le se se nang kutloelo-bohloko ka ho fetisisa. Kaha re Lipaki Tsa Jehova re etsisa Jehova ka hore re hloee batho ba hlekefetsang bana ka motabo, ’me ha re ba emele ho hang! (Bar. 12:9) Ho hlekefetsa bana ka tsela leha e le efe ho khahlanong le “molao oa Kreste.” (Bagal. 6:2) Lintho tsohle tseo Jesu a li rutileng ka ho li bua le ka mohlala oa hae, li lerato hape li na le toka. Kaha Bakreste ba ikobela molao ona, ba tšoara bana ka tsela e etsang hore bana bao ba ikutloe ba sireletsehile ba bile ba ratoa e le kannete. Ho hlekefetsa bana ka motabo ho fosahetse, ho bile ho tsamaisana le boithati, ’me ho etsa hore bana ba ikutloe ba sa sireletseha ba bile ba sa ratoe. Ka masoabi, bothata bona bo amme le Bakreste ba bang ba ’nete. Ebe ke hobane’ng? Ke hobane “batho ba khopo le baikhakanyi” ba bangata, ’me ba bang ba se ba lekile ho kena le ka phuthehong. (2 Tim. 3:13) Ho phaella moo, lebaka le leng ke hobane batho ba bang bao pele ba neng ba sebeletsa Jehova ba ile ba itumella ho laoloa ke litakatso tsa bona tse litšila eaba ba hlekefetsa bana ka motabo. w19.05 8 ¶1-3
Sontaha, la 9 May
Thapeli ea motho ea lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo.—Jak. 5:16.
Ha ho bonolo hore batho ba nyahameng ba rapele. Motho ea joalo a ka ’na a ikutloa a sa tšoanelehe hore a bue le Jehova. Haeba re batla ho mo tšelisa, re ka rapela le eena ra ba ra mo bitsa ka lebitso lithapelong tsa rona. Re ka bolella Jehova hore motho eo ea utloileng bohloko e ntse e le oa bohlokoa ho rona le ka phuthehong. Re ka kopa Jehova hore a matlafatse le ho khothatsa mohlanka eo oa hae. Lithapelo tse joalo e ka ba tse tšelisang e le kannete. Nahana pele u bua. Ho bua feela re sa nahana ho ka utloisa motho e mong bohloko. Empa mantsoe a mosa aa tšelisa. (Liprov. 12:18) Kahoo, kopa Jehova hore a u thuse ho bua mantsoe a tšelisang le a khothatsang. Lula u hopola hore Bibele ke eona e ka u thusang ho fana ka matšeliso. (Baheb. 4:12) Ha re khothatsa batho ba bang, re ba thusa ho hopola hore Jehova oa ba rata. Hape, ha rea lokela ho lebala hore Jehova ke Molimo ea nang le toka. O tseba motho e mong le e mong ea kileng a hlekefetsoa ka motabo le haeba ho se na motho ea tsebang ka taba eo. Jehova o bona lintho tsohle, kahoo o tl’o fana ka kotlo ho batho ba kileng ba hlekefetsa ba bang ka motabo ba bile ba sa bake.—Num. 14:18. w19.05 18 ¶18; 19 ¶19, 21
Mantaha, la 10 May
Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.—Bakol. 2:8.
Satane o batla hore re khaotse ho rata Jehova. E le hore a atlehe, o leka ho fetola tsela eo re nahanang ka eona hore re nahane ka tsela ea hae. O leka ho re khelosa kapa ho re hohela hore re mo latele a sebelisa lintho tseo re li ratang. (Bakol. 2:4) Na ehlile Satane a ka khona ho re khelosa? E, ho joalo! Hopola hore ha Pauluse a ne a ngola mantsoe a tlalehiloeng ho Bakolose 2:8 o ne a sa a ngolle batho bao eseng Bakreste. O ne a bua le Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang. (Bakol. 1:2, 5) Bakreste bao ba ne ba le kotsing e kholo ea ho khelosoa ke Satane ’me le rona re kotsing e fetang eo. (1 Bakor. 10:12) Hobane’ng? Hobane Satane o akhetsoe lefatšeng, kahoo o leka ka hohle ho khelosa bahlanka ba Jehova. (Tšen. 12:9, 12, 17) Ho feta moo, re phela nakong eo batho ba khopo le baikhakanyi ba tlohang “bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.”—2 Tim. 3:1, 13. w19.06 2 ¶1-2
Labobeli, la 11 May
Ho lekane! Joale, Jehova, tlosa moea oa ka.—1 Mar. 19:4.
Elia o ile a tšoha haholo ha Mofumahali Jezebele a mo tšosa ka hore o tl’o mo bolaea. Kahoo, o ile a balehela Beerseba. O ne a nyahame hoo a ileng a “kopa hore moea oa hae o shoe.” Ke hobane’ng ha a ne a ikutloa ka tsela ee? Elia o ne a sa phethahala e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rona.” (Jak. 5:17) Mohlomong o ne a e-na le khatello ea maikutlo hape a e-na le mokhathala o matla. Ho bonahala eka Elia o ne a nka hore boiteko bohle ba hae ba ho thusa Baiseraele hore ba sebeletse Jehova e ne e le ba lefeela kaha ba ne ba sa batle ho etsa liphetoho ’me e le eena feela ea neng a sebeletsa Jehova. (1 Mar. 18:3, 4, 13; 19:10, 14) Jehova o ne a utloisisa maikutlo a Elia hantle’me ha aa ka a mo halefela ha a ntša maikutlo a hae. Ho e-na le hoo, o ile a mo thusa hore a be matla. (1 Mar. 19:5-7) Hamorao, Jehova o ile a thusa Elia hore a nahane ka tsela e nepahetseng ka hore a mo bontše matla a hae a maholo. Ka mor’a moo, Jehova o ile a bolella Elia hore o ntse a e-na le bahlanka ba hae ba ka bang 7 000 ba sa rapeleng Baale. (1 Mar. 19:11-18) Ka ho bolella Elia lintho tsena, Jehova o ile a bontša mohlanka eo oa hae hore o ntse a mo rata. w19.06 15-16 ¶5-6
Laboraro, la 12 May
Le ipehe tlas’a banna ba baholo. . . . . [Le itlame] ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang.”—1 Pet. 5:5.
Kamehla u latele tataiso eo u e fuoang. Haeba re mamela tataiso eo re e fuoang ke barab’abo rona ba filoeng boikarabelo ba ho re thusa, re tla qoba mathata. Mohlala, naheng e ’ngoe eo ho eona mosebetsi oa rona o thibetsoeng, barab’abo rona ba ikarabellang ba file bahoeletsi taelo ea hore ba se ke ba fana ka lingoliloeng tse hatisitsoeng ha ba le tšimong. Leha ho le joalo, mor’abo rona e mong oa pula-maliboho o ile a nahana hore o tseba betere eaba o fana ka sengoliloeng. Ho ile ha etsahala’ng? Nakoana ka mor’a hore ba qete ho paka ka tsela e sa reroang, eena le Lipaki tse ling ba ile ba tšoaroa ke mapolesa. Ho bonahala eka mapolesa a ne a ba setse morao, kahoo a ile a khona ho fumana sengoliloeng seo. Re ithuta’ng ketsahalong ee? Re tlameha ho mamela tataiso le haeba re nka hore re tseba betere. Kamehla Jehova oa thaba ha re mamela baholo bao a ba behileng hore ba re etelle pele.—Baheb. 13:7, 17. w19.07 12 ¶17
Labone, la 13 May
Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.—2 Tim. 3:12.
Bosiung ba ha Jesu a tla bolaoa, o ile a re batho bohle ba batlang ho ba balateli ba hae ba tla hlouoa. (Joh. 17:14) Ho tloha ka nako eo ho fihlela joale, haesale bahlanka ba Jehova ba hlorisoa ke batho ba sa rateng Molimo. Ebile ha bofelo bo ntse bo atamela ka potlako tjena, lira tsa rona li tla re hlorisa ho feta leha e le neng pele. (Mat. 24:9) Ke’ng seo re lokelang ho se etsa hona joale e le hore re tle re khone ho mamella mahloriso? Ha ho hlokehe hore re lule re nahana ka lintho tse kotsi tse ka ’nang tsa re hlahela ka nako eo. Haeba re ka etsa joalo, re tla bolaoa ke ho lula re tšohile re bile re tšoenyehile. Re ka ’na ra tšoha hoo re ka khaotsang ho sebeletsa Jehova le pele re tobana le mathata. (Liprov. 12:25; 17:22) Ho tšaba batho ke le leng la maraba ao “Mohanyetsi oa [rona], Diabolose” a le sebelisang. (1 Pet. 5:8, 9) Kahoo, ke ha bohlokoa hore re matlafatse setsoalle sa rona le Jehova esale hona joale. w19.07 2 ¶1-3
Labohlano, la 14 May
Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.—Mat. 28:19.
E tlameha ebe baapostola ba ne ba thabile haholo ha ba bokane mosikong oa thaba. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a hlophisa hore ba ee sebakeng seo ba il’o kopana le eena. (Mat. 28:16) Mohlomong ke hona sebakeng seo moo a ileng “a bonahala ho barab’abo rona ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe.” (1 Bakor. 15:6) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hlophisa hore balateli ba hae ba kopane le eena moo? O ne a batla ho ea ba fa taelo ena e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Mat. 28:18-20) Balateli bao e ile ea e-ba karolo ea phutheho ea pele ea Bokreste. Mosebetsi o ka sehloohong oa phutheho eo e ne e le ho etsa hore batho ba bangata e be balateli ba Kreste. Kajeno, ho se ho e-na le liphutheho tse ngata tsa Bokreste lefatšeng lohle, ’me mosebetsi oa tsona o ka sehloohong o ntse o tšoana. w19.07 14 ¶1-2
Moqebelo, la 15 May
Lefatše le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.—Moek. 1:4.
Mopotolohi e mong oa Norway o re hangata batho ba sa rateng ho bua ka Molimo ba thabela ho bua ka lintho tse etsahalang lefatšeng. Ka mor’a hore a lumelise batho, o re: “U nahana hore re lokela ho etsa’ng e le hore re be le bokamoso bo molemo? Na re lokela ho beha tšepo ea rona ho bo-ralipolotiki, bo-rasaense kapa motho e mong ea itseng?” Ka mor’a hore a ba mamele ka hloko, o bala temana ea Bibele e hlalosang hore na bokamoso ba rona bo tl’o ba joang. Batho ba bang baa thaba ha ba utloa tšepiso ea Bibele ea hore lefatše le tla lula le le teng le hore batho ba lokileng ba tla lula ho lona ka ho sa feleng. (Pes. 37:29) Re lokela ho qala moqoqo ka litsela tse fapaneng ha re bua le batho ka Bibele. Hobane’ng? Hobane motho e mong a ka thabela ho bua ka taba e itseng eaba e mong eena ha a e thabele. Batho ba bang ha ba na bothata ba ho bua ka Molimo kapa ka Bibele, ha ba bang bona ba rata ho bua ka lintho tse itseng pele. Ho sa tsotellehe hore na maemo ke afe, re lokela ho ikemisetsa ho bua le batho ba mefuta eohle. (Bar. 1:14-16) Jehova ke eena ea melisang peo eo re e jalang.—1 Bakor. 3:6, 7. w19.07 22-23 ¶10-11
Sontaha, la 16 May
Haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale re tlamehile ho ratana.—1 Joh. 4:11.
Lerato leo re ratang Jehova ka lona le re susumeletsa ho rata Bakreste-’moho le rona. (1 Joh. 4:20, 21) Re ka ’na ra nahana hore ho rata bara le barali babo rona ke ntho e itlelang feela. Hobane re le barapeli ba Jehova ebile re leka ho mo etsisa. Hape re latela mohlala oa Jesu ea ileng a re rata ka ho tela bophelo ba hae molemong oa rona. Leha ho le joalo, ho ntse ho ka ba thata hore re mamele taelo ea hore re ratane. Evodia le Syntike e ne e le baralib’abo rona ba chesehang ba neng ba sebetsa le moapostola Pauluse mahetla a bapile. Ho ka etsahala hore ebe Evodia le Syntike ba ile ba ba le likhohlano hoo setsoalle sa bona se ileng sa fela. Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla phutheho eo Evodia le Syntike ba neng ba le ho eona, o ile a ba khalemela ka ho toba a re ba be le “kelello e tšoanang.” (Bafil. 4:2, 3) Pauluse o ile a bona ho le molemo hore a bolelle phutheho kaofela a re: “Le ’ne le etse lintho tsohle le sa korotle ’me le se na likhang.”—Bafil. 2:14 w19.08 9 ¶6-7
Mantaha, la 17 May
Tsoelang pele ho jarelana meroalo.—Bagal. 6:2.
Ke ho khothatsang ho tseba hore liphutheho tse ngata le batho ka bomong ba leka ka hohle ho thusa bara le barali babo rona ba tšebeletsong ea nako e tletseng ho lula ba le kabelong ea bona. Ba etsa joalo ka ho ba khothatsa, ka ho ba fa lintho tseo ba li hlokang kapa ka ho ba hlokomella litho tsa malapa a bona tse hae. Haeba batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba romeloa phuthehong ea habo lona, u se ke oa nka hore ke hobane ba sa sebetsa hantle kapa ke hobane ba entse ntho e itseng e fosahetseng. Ho e-na le hoo, u ba thuse hore ba ikutloe ba amohelehile. Ba amohele ka mofuthu u be u ba babatse ka mosebetsi o motle oo ba o etsang, esita le haeba ba se ba sa khone ho o etsa ka lebaka la bokuli. Leka ho tloaelana le bona. Leka ho bona hore na u ka rua molemo joang tsebong ea bona, koetlisong eo ba e fuoeng le boiphihlelong ba bona. Qalong, batho ba fumaneng kabelo e ncha ba ka ’na ba hloka thuso ea hao e le hore ba ka fumana moo ba lulang, mokhoa oa ho tsamaea, mosebetsi le lintho tse ling tseo ba li hlokang. w19.08 23-24 ¶12-13
Labobeli, la 18 May
Ke [tla] ikhalaletsa ka uena ka pel’a mahlo a tsona, uena Gogo.—Ezek. 38:16.
Gogo o tla tšepa “letsoho la nama” e leng mabotho a hae a sesole. (2 Likron. 32:8) Rona re tla tšepa Jehova Molimo oa rona, e leng ntho e tla bonahala e le booatla mahlong a Gogo. Hobane’ng? Hobane Babylona e Moholo o ne a le matla empa melimo ea hae ha e-ea ka ea mo sireletsa ho “sebata” le “linaka tse leshome.” (Tšen. 17:16) Kahoo, Gogo o tla nahana hore o tla re hlola habonolo feela. O tla re hlasela “joaloka maru a koahelang naha.” Empa ho e-s’o ee kae, Gogo o tla bona hore o ikentse tšotso linaleng. Joaloka Faro ha a ne a le Leoatleng le Lefubelu, Gogo o tla bona hore o loantša Jehova. (Ex. 14:1-4; Ezek. 38:3, 4, 18, 21-23) Kreste a e-na le mabotho a hae a leholimo, ba tla sireletsa bahlanka ba Molimo ’me ba felise mebuso le sesole sa eona. (Tšen. 19:11, 14, 15) Empa ho tla etsahala’ng ka sera se seholo sa Jehova e leng Satane, se thetsitseng mebuso ’me sa etsa hore e hlasele batho ba Molimo ntoeng ea Armagedone? Jesu o tla mo lahlela ka sekoting se tebileng hammoho le bademona ba hae, e leng moo ba tla koalloa teng ka lilemo tse sekete.—Tšen. 20:1-3. w19.09 11-12 ¶14-15
Laboraro, la 19 May
U lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala.—Hab. 2:3.
Ka tlhaho re labalabela hore lintho tseo Jehova a re tšepisitseng tsona li phethahale. Empa ha lintho tseo re labalabelang hore li phethahale li bonahala li lieha, re ka ’na ra nyahama. Re ka ba ra qetella re sa batle ho etsa letho. (Liprov. 13:12) Sena se ile sa etsahalla barab’abo rona ba bang ka selemo sa 1914. Ka nako eo, batlotsuoa ba bangata ba ne ba lebeletse hore ba tl’o nyolohela leholimong. Empa ha tabatabelo eo e sa phethahale ba ile ba etsa’ng? Ha ba ka ba khaotsa ho matha peisong ea bona ea bophelo hobane ntho ea bohlokoa haholo ho bona e ne e le ho sebeletsa Jehova, eseng ho ea leholimong. Ba ne ba ikemiselitse ho mamella peisong ena. Ha ho potang hore u labalabela ho bona nako eo ka eona Jehova a tlang ho tlosa qoso lebitsong la hae, a pake hore ke eena ’Musi ea loketseng a be a phethahatse litšepiso tsohle tsa hae. U ka kholiseha hore lintho tsena tsohle li tla phethahala ka nako eo Jehova a e khethileng. Ho fihlela ka nako eo, e se eka re ka lula re phathahane tšebeletsong ea Jehova, ’me re se ke ra lumella litabatabelo tsa rona li re nyahamise ha re bona li sa phethahale ka nako eo re e lebeletseng. w19.08 4-5 ¶9-10
Labone, la 20 May
Ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong.—Mat. 11:29.
Ipotse: Na batho ba ntseba ke le motho ea bonolo le ea ikokobelitseng? Na ke ithaopela ho etsa mesebetsi e tlaase molemong oa batho ba bang? Na ke mosa? Jesu o ne a etsa hore ho rene khotso pakeng tsa hae le basebetsi-’moho le eena ’me a thabela ho ba koetlisa. (Luka 10:1, 19-21) O ne a khothalletsa barutuoa ba hae ho botsa lipotso, hape o ne a ba botsa lipotso hobane a batla ho utloa maikutlo a bona. (Mat. 16:13-16) Joalokaha lijalo tse noselitsoeng hantle li tlokoma, barutuoa ba Jesu ba ne ba lula ba thabile. Ba ne ba mamela ka hloko ha Jesu a ntse a ba ruta ’me ba hlahisa litholoana, e leng mesebetsi e metle. Na u na le boikarabelo holim’a batho ba bang? Haeba ho joalo, ipotse: ‘Ke tšoara batho ba bang joang mosebetsing le lapeng? Na ke etsa hore ho rene khotso? Na ke khothalletsa batho ba bang hore ba botse lipotso? Na kea ba mamela ha ba ntša maikutlo?’ Ho hang ha re batle ho tšoana le Bafarisi ba neng ba halefela batho ba bile ba ba tšoara hampe ha ba ne ba sa lumellane le lithuto tsa bona.—Mar. 3:1-6; Joh. 9:29-34. w19.09 20 ¶1; 23 ¶9-11
Labohlano, la 21 May
Neng kapa neng ha ba re: “Khotso le tšireletseho!” joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang.—1 Bathes. 5:3.
Hangata baeta-pele ba lefatše ba sebelisa mantsoe a tšoanang ha ba bua ka ho tiisa maqhama lipakeng tsa linaha. Leha ho le joalo, mohoo oa “khotso le tšireletseho” oo Bibele e buang ka oona, o tla fapana. Hobane’ng? Hobane nakong eo mohoo ona o etsoang, batho ba bangata ba tla nahana hore baeta-pele ba lefatše ba atlehile ho felisa lintoa le tlolo ea molao. Empa, ba sa ile le khongoana holimo joalo, “timetso ea tšohanyetso” le “matšoenyeho a maholo” li tla ba hlaha lesumatha. (Mat. 24:21) Ha re tsebe hore na ke’ng e tla etsa hore baeta-pele ba lefatše ba etse mohoo le hore na ba tla o etsa joang. Re boetse ha re tsebe hore na ba tla etsa phatlalatso e le ’ngoe kapa liphatlalatso tse ngata. Ho sa tsotellehe hore na mohoo ona o tla etsoa joang, seo re se tsebang ke hore le ka mohla ha rea lokela ho lumela hore baeta-pele ba lefatše ba ka tlisetsa lefatše lohle khotso. Ho e-na le hoo, e tla be e le pontšo ea hore “letsatsi la Jehova” le haufi le ho qala.—1 Bathes. 5:2. w19.10 8-9 ¶3-4
Moqebelo, la 22 May
Nakong eo sechaba sa heno se tla phonyoha.—Dan. 12:1.
Ntoa ea Armagedone e tla felisa puso ea Satane. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tšoha. Hobane’ng? Hobane ntoa eo e tla ba ea Jehova ’me re ke ke ra loana. (Liprov. 1:33; Ezek. 38:18-20; Zak. 14:3) Ha Jehova a fana ka taelo, Jesu Kreste o tla etella lebotho la Molimo hore le ee ntoeng. O tla be a e-na le batlotsuoa bohle hammoho le likete-kete tsa mangeloi. Ba tla loantša Satane le bademona ba hae hammoho le baeta-pele ba lefatše. (Tšen. 6:2; 17:14) Jehova o tšepisitse hore “sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.” (Esa. 54:17) Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba “bongata bo boholo,” ba tla ‘tsoa matšoenyehong a maholo’ ba ntse ba phela. Ka mor’a moo, ba tla tsoela pele ba mo sebeletsa. (Tšen. 7:9, 13-17) Kannete, Bibele e re fa mabaka a ho kholiseha hore re tla sireletsoa nakong e tlang. Hape rea tseba hore “Jehova o sireletsa ba tšepahalang.” (Pes. 31:23) Batho bohle ba ratang Jehova le ba mo rorisang, ba tla thaba ha ba bona a etsa hore lebitso la hae le hlomphehe.—Ezek. 38:23. w19.10 18-19 ¶17-18
Sontaha, la 23 May
Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.—Liprov. 17:17.
Ha re ntse re atamela qetellong ea ‘matsatsi a ho qetela,’ re ka ’na ra thulana le mathata a boima. (2 Tim. 3:1) Ka mohlala, ho ile ha e-ba le lintoa ka mor’a hore ho be le likhetho naheng e ’ngoe e Afrika bophirimela. Ka likhoeli tse ka holimo ho tse tšeletseng, bara le barali babo rona ba ne ba sa khone ho ea kae kapa kae hobane ntoa e ne e ntse e kupa. Ba ile ba thusoa ke eng hore ba sebetsane le boemo boo? Ba bang ba bona ba ile ba lula malapeng a bara le barali babo rona moo ho neng ho sireletsehile. Mor’abo rona e mong o re: “Maemong ao a thata, ke ne ke thabile hore ebe ke ne ke e-na le metsoalle ea ka. Re ne re khothatsana.” Ha ‘matšoenyeho a maholo’ a qala, re tla ananela hore ebe re na le metsoalle e re ratang. (Tšen. 7:14) Kahoo, ho potlakile hore re etse setsoalle se tiileng le bara le barali babo rona esale hona joale. (1 Pet. 4:7, 8) Hobane’ng? Hobane lira tsa rona li tla leka ho re arohanya ka ho bua mashano ka rona. Ba tla etsa hore re se ke ra tšepana le ho tšehetsana. Empa ba ke ke ba o besa oa tuka. Ba ke ke ba khona ho re thibela ho rata balumeli-’moho le rona. w19.11 2 ¶1-2; 7 ¶19
Mantaha, la 24 May
Le tla khona ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo.—Baef. 6:16.
Satane e leng “ntate oa leshano,” o sebelisa batho bohle ba tlas’a taolo ea hae ho hasa mashano ka Jehova le Bakreste-’moho le rona. (Joh. 8:44) Mohlala, bakoenehi ba hasa mashano le ho senya mokhatlo oa Jehova lebitso liwebsaeteng, thelevisheneng le mecheng e meng ea liphatlalatso. Mashano ao ke a mang a ‘metsu e tukang’ ea Satane. Re lokela ho etsa’ng haeba motho e mong a qala ho bua le rona ka mashano a kang aa? Re ke ke ra mo mamela ho hang! Hobane’ng? Hobane re na le tumelo ho Jehova hape re tšepa Bakreste-’moho le rona. Ha e le hantle, ha ho na kae kapa kae moo re kopantšanang le bakoenehi teng. Ha re batle ho thefula tumelo ea rona kapa ho pheha khang le bakoenehi ka eng kapa eng esita le hona ho khalla ho utloa hore na ba reng. Na u ile oa qoba ho mamela kapa ho pheha khang le bakoenehi ka mashano ao ba a hasang? Rea u babatsa haeba u ile oa etsa joalo. Empa re lokela ho lula re itebetse hobane Satane o na le libetsa tse ling tseo a li sebelisang ho re hlasela. w19.11 15 ¶8; 16 ¶11
Labobeli, la 25 May
Jehova o lekanya meea [kapa o sheba sepheo].—Liprov. 16:2.
Ha u etsa liqeto, e-ba le mabaka a utloahalang. Jehova o batla hore re tšepahale linthong tsohle. Kahoo, ha re etsa liqeto, re lokela ho itšepahalla re be re tšepahalle batho ba bang. Haeba re sa tšepahale, re ka ’na ra thatafalloa ke ho etsa lintho tseo re neng re itse re tla li etsa. Mohlala, mor’abo rona e mocha a ka ’na a etsa qeto ea ho ba pula-maliboho ea kamehla. Leha ho le joalo, ka mor’a nako o thatafalloa ke hore a finyelle lihora tse lebeletsoeng ’me a ka ’na a se hlole a natefeloa ke tšimo. A ka ’na a re lebaka la hae la ho nkela bopula-maliboho e ne e le ho thabisa Jehova. Empa ho ka etsahala hore ebe lebaka la hae la e ne e le ho khahlisa batsoali ba hae kapa motho e mong. Nahana ka mohlala oa motho ea qalang ho ithuta Bibele ea etsang qeto ea ho tlohela ho tsuba. Beke kapa tse peli o tlohela ho tsuba empa ka mor’a moo o qalella hape. Empa qetellong o khona ho tlohela ka ho feletseng. O thusitsoe ke ho rata Jehova le ho batla ho mo khahlisa.—Bakol. 1:10; 3:23. w19.11 27 ¶9; 29 ¶10
Laboraro, la 26 May
Le mpe le itšoare ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.—Bafil. 1:27.
Moapostola Pauluse o ne a kholisehile hore o tla fihla kholeng ’me a fumane moputso oa hae. Kaha ke motlotsuoa, o ne a e-na le tšepo ea ho fumana “moputso oa pitso ea holimo ea Molimo.” Empa e le hore a tle a fumane moputso oo, o ne a tseba hore o lokela ho lula a “phehella.” (Bafil. 3:14) Pauluse o ile a etsetsa Bafilipi papiso e neng e tla ba thusa ho lula ba letetse moputso oa bona. Pauluse o ile a hopotsa Bafilipi hore qetellong ba tla ea phela leholimong. (Bafil. 3:20) Ke hobane’ng ha ba ne ba lokela ho hopola taba ee? Mehleng eo, batho ba ne ba rata ho ba baahi ba Roma kaha ho ne ho e-ba le melemo e mengata. Leha ho le joalo, batlotsuoa e ne e tl’o ba baahi ba ’muso o moholo le ho feta, le o nang le melemo e mengata ho feta eo. Ho ba moahi oa Roma e ne e se ntho ea bohlokoa hakaalo ha e bapisoa le ho ea leholimong! Le kajeno batlotsuoa ba ntse ba beha mohlala o motle tabeng ena. w19.08 6 ¶14-15
Labone, la 27 May
Haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.—Joh. 8:36.
Tokoloho eo e ne e le molemo ho feta eo Baiseraele ba neng ba e fumana ka selemo sa Jubile. (Lev. 25:8-12) Mohlala, Moiseraele o ne a ka lokolloa ka Jubile empa e ne ntse e ka ba lekhoba hape kapa mohlomong a shoe. Ka letsatsi la Pentekonta ea selemo sa 33, Jehova o ile a tlotsa baapostola hammoho le banna le basali ba bang ba tšepahalang ka moea o halalelang. O ile a ba etsa bara ba hae e le hore nakong e tlang a tle a ba tsose hore e il’o ba marena le Jesu leholimong. (Bar. 8:2, 15-17) Batho bao ke ba pele ba ileng ba fumana tokoloho eo Jesu a ileng a bua ka eona ha a ne a le synagogeng e Nazaretha. (Luka 4:16-19, 21) Ba ne ba se ba lokolotsoe bokhobeng ba lithuto tse fosahetseng le litloaelong tse sa thehoang Mangolong tsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda. Molimo o ile a boela a ba nka ba lokolotsoe bokhobeng ba sebe. Jubile ea tšoantšetso e qalileng ka selemo sa 33 ha balateli ba Kreste ba ne ba tlotsoa ka moea o halalelang e tla fela qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. w19.12 11 ¶11-12
Labohlano, la 28 May
Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.—1 Bakor. 15:33.
Batsoali ba lokela ho thusa bana ba bona ho khetha metsoalle. Batsoali ka bobeli ba lokela ho tseba hore na metsoalle ea bana ba bona ke bo-mang le hore na ba etsa’ng le bona. Sena se bolela hore batsoali ba lokela ho tseba hore na bana ba bona ba buisana le bo-mang mecheng ea puisano le lifonong tsa bona. Metsoalle eo e ka susumetsa tsela eo bana ba nahanang le ho etsa lintho ka eona. Batsoali ba bangata ba etsa boiteko ba hore bana ba bona ba qete nako le batho ba behang mohlala o motle tabeng ea ho sebeletsa Molimo. Mohlala, hangata Mor’abo rona N’Déni le mohats’ae Bomine ba lulang Ivory Coast, ba atisa ho mema mopotolohi ha bona. Mor’abo rona N’Déni o re: “Ho etsa joalo ho ile ha thusa mora oa rona haholo. O ile a nkela bopula-maliboho ’me hona joale o sebeletsa e le mopotolohi ea tšoereng molepo.” Ho molemo haholo ho ruta bana ba sa le banyenyane. (Liprov. 22:6) Nahana ka Timothea. ’Mè oa Timothea e leng Eunise le nkhono oa hae Loise ba ile ba mo ruta “ho tloha boseeng.”—2 Tim. 1:5; 3:15. w19.12 25 ¶14; 26 ¶16-17
Moqebelo, la 29 May
Ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.—Liprov. 18:24.
E-ba motsoalle ea ka tšeptjoang. Ka mohlala, ha re tšepise Bakreste-’moho le rona feela hore re tla ba thusa ha ba hloka thuso empa ehlile re ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. (Mat. 5:37; Luka 16:10) Haeba batho ba hlokang thuso ba kholisehile hore re tla ba thusa, seo se tla ba khothatsa haholo. Morali’abo rona e mong o hlalosa lebaka, o re: “Ho bonolo ho lula u khobile matšoafo ha u tseba hore motho ea tšepisitseng ho u thusa o tla fela a fihle ka nako ho tla etsa ntho eo a u tšepisitseng eona.” Batho ba nang le mathata kapa ba soetsehileng ba ka fumana matšeliso haeba ba bua le metsoalle ea bona e tšepahalang. Empa re lokela ho ba le mamello e le hore re be metsoalle e ka tšepeloang makunutu. Ka mor’a hore monna oa Morali’abo rona Zhanna a mo siee, o ile a thusoa ke ho bolella metsoalle ea hae e haufi-ufi hore na o ikutloa joang. O re: “Ka mamello eohle ba ile ba ’mamela le hoja nako le nako ke ne ke lula ke pheta ntho e tšoanang.” Le rona re ka bontša hore re metsoalle ea bohlokoa ka hore re mamele ha batho ba bang ba bua le rona. w20.01 10-11 ¶9-11
Sontaha, la 30 May
O tla tlala moea o halalelang ho tloha ha a tsoa popelong ea ’m’ae.—Luka 1:15.
Ka Bibeleng, ho na le mehlala e mengata ea banna le basali ba tumelo, ba ileng ba fuoa moea o halalelang empa ba ne ba se na tšepo ea ho ea phela leholimong. Davida o ne a tataisoa ke moea o halalelang. (1 Sam. 16:13) Moea o halalelang o ile oa mo thusa hore a utloisise lintho tse tebileng ka Jehova hape o ile oa mo tataisa ha a ntse a ngola likarolo tse itseng tsa Bibele. (Mar. 12:36) Ho ntse ho le joalo, moapostola Petrose o ile a re Davida “ha aa ka a nyolohela maholimong.” (Lik. 2:34) Johanne Mokolobetsi o ile a “tlala moea o halalelang.” (Luka 1:13-16) Jesu o ile a re ho ne ho se na motho e moholo ho Johanne empa a boela a re Johanne ha a kenyelletsoa har’a batho ba tla ea phela leholimong. (Mat. 11:10, 11) Jehova o ile a sebelisa moea o halalelang ho thusa batho bana hore ba etse lintho tse hlollang empa ha a ka a sebelisa moea oo hore a ba khethele ho ea phela leholimong. Na taba ee e bolela hore ba ne ba sa tšepahale? Che. Empa Jehova o tla ba tsosa hore ba tl’o thabela ho phela paradeiseng mona lefatšeng.—Joh. 5:28, 29; Lik. 24:15. w20.01 25 ¶15
Mantaha, la 31 May
Rea rata, hobane o ile a re rata pele.—1 Joh. 4:19.
Jehova o re memme hore re be karolo ea lelapa la batho ba mo sebeletsang. Lelapa lena ke la batho ba inehetseng ho Jehova le ba bontšang tumelo sehlabelong sa Mora oa hae. Re lelapa le thabileng. Re thabisoa ke ho tseba hore na re phelela’ng hona joale le hore nakong e tlang re tla thabela ho phela ka ho sa feleng e bang ke leholimong kapa Paradeiseng mona lefatšeng. Jehova o entse hore re be karolo ea lelapa la hae hobane a re rata haholo ’me e le hore a etse joalo, o ile a tlameha ho tela ntho ea bohlokoa haholo. (Joh. 3:16) O ile a re reka. (1 Bakor. 6:20) Ka lebaka la thekollo, Jehova o entse hore re be metsoalle ea hae e haufi. Ho bitsa Motho e moholo ka ho fetisisa bokahohleng Ntate, ke tlotla e kholo. Jehova ke Ntate eo motho e mong le e mong a ka batlang ho ba le eena. Joaloka mongoli e mong oa Bibele, le rona re ka ipotsa, “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?” (Pes. 116:12) Karabo ea potso eo ke hore, ha ho na letho leo re ka le busetsang ho Ntate oa rona. Empa lerato leo a re ratang ka lona le etsa hore re mo rate le ho feta. w20.02 8 ¶1-3