September
Laboraro, la 1 September
Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.—Joh. 5:17.
Na taba ea hore Jehova le Jesu ba ne ba sebetsa ka thata e bolela hore ha rea lokela ho phomola? Che! ha ho joalo. Kaha Jehova ha a khathale, ha ho hlokahale hore a phomole ka mor’a ho etsa ntho e itseng. Empa Bibele e re ka mor’a hore Jehova a bope maholimo le lefatše, o ile a ‘phomola le ho khatholoha.’ (Ex. 31:17) Kahoo, taba ena e bolela hore Jehova o ile a phomola ho se hokae eaba o boha lintho tseo a li entseng. Le hoja Jesu a ne a sebetsa ka thata nakong eo a leng lefatšeng, o ile a ipha nako ea ho ikhatholla le ho ja le metsoalle ea hae. (Mat. 14:13; Luka 7:34) Bibele e khothalletsa bahlanka ba Jehova hore ba rate ho sebetsa. Ba lokela ho sebetsa ka thata ho e-na le hore ba be botsoa. (Liprov. 15:19) Mohlomong u na le mosebetsi o u thusang hore u hlokomele ba lelapa la hao. Hape balateli bohle ba Jesu ba na le boikarabelo ba ho bolela litaba tse molemo. Ho ntse ho le joalo, re lokela ho ba le nako e lekaneng ea ho phomola. w19.12 2 ¶2; 3 ¶4-5
Labone, la 2 September
Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lona, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.—1 Pet. 2:21.
Qoba ho lula u bua ka bademona. Jesu o re behetse mohlala o motle tabeng ena. Pele Jesu a e-tla lefatšeng, o ne a le leholimong ’me a tseba lintho tse ngata ka Satane le bademona ba hae. Empa o ne a sa phetele batho ka lintho tse mpe tseo ba li etsang. Jesu o ne a batla ho ruta batho ka Jehova eseng ka Satane. Re ka etsisa Jesu ka hore re se ke ra hasa litaba tsa lintho tseo bademona ba li etsang. Ho e-na le hoo, lintho tseo re li buang li lokela ho paka hore ‘lipelo tsa rona lia tlola-tlola ka lebaka la litaba tsa khahlisang’ le tsa ’nete. (Pes. 45:1) U se ke oa tšaba meea e khopo. Re ka ’na ra hlaheloa ke lintho tse bohloko lefatšeng lena. Re sa lebella re ka ’na ra hlaheloa ke kotsi, ra kula, kapa ra shoa. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nahana hore lintho tsena li re hlahela ka lebaka la meea e khopo. Bibele e re hlalosetsa hore “nako le ketsahalo e sa lebelloang” li ka re hlahela neng kapa neng. (Moek. 9:11) Jehova o re bontšitse hore o matla haholo ho feta bademona. w19.04 23-24 ¶13-14
Labohlano, la 3 September
Balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.—Bar. 13:1.
Na baholo ba mamela melao ea ’muso e mabapi le ho tlaleha batho ba qosoang ka ho hlekefetsa bana ka motabo? E, ho joalo. Baholo ba linaheng tseo molao o reng ba lokela ho tlaleha liqoso tse joalo, ba ikobela melao eo. Molao oo ha o khahlanong le melao ea Molimo. (Lik. 5:28, 29) Kahoo, ha baholo ba utloela hore ho na le motho ea hlekefelitseng ngoana ka motabo, ba potlakela ho letsetsa ofisi ea lekala e le ho kopa tataiso ea hore na ba ka tlaleha taba eo joang ho ba boholong ’musong. Ha baholo ba bua le ngoana ea hlekefelitsoeng, batsoali ba hae, kapa motho leha e le ofe ea tsebang ka taba eo, ka mosa ba mo hopotsa hore o lokolohile ho ea tlaleha taba eo ho ba boholong ’musong. Empa ba lokela ho etsa’ng haeba motho ea entseng sebe seo e le Mokreste-’moho le lona ’me taba eo e tsebahala sebakeng sa habo lona? Na Mokreste ea tlalehileng taba eo o lokela ho utloa eka ke eena ea sentseng Jehova lebitso? Che. Motho ea entseng sebe seo ke eena ea sentseng Jehova lebitso. w19.05 10 ¶13-14
Moqebelo, la 4 September
Bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo.—1 Bakor. 3:19.
Bibele e re monna le mosali ba lokela ho hlomphana le ho tšepahalla likano tsa bona tsa lenyalo. E khothalletsa banyalani hore ba ikemisetse ho lula ’moho kaha e re: “Monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.” (Gen. 2:24) Leha ho le joalo, batho ba susumetsoang ke bohlale ba lefatše lena ba bua se khahlanong le Bibele hobane ba re molekane e mong le e mong o lokela ho phela ka tsela eo a e batlang. Buka e ’ngoe e buang ka tlhalo e re: “Linaheng tse ling ha ho entsoe mokete oa lenyalo, banyalani ba etsa likano tsa ho re, ‘re tla lula ’moho hafeela re ntse re phela’ empa batho ba bang ba fetotse likano tseo ka ho re, ‘re tla lula ’moho hafeela re ntse re ratana.’ ” Maikutlo ana a fosahetseng ka lenyalo a entse hore malapa a mangata a qhalane le hore batho ba lule ba utloile bohloko. Kannete tsela eo lefatše le talimang lenyalo ka eona ke booatla. w19.05 23 ¶12
Sontaha, la 5 September
Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho.—Bar. 12:2.
Pauluse o ne a amehile hobane ho ne ho bonahala eka Bakreste ba bang ba susumetsoa ke moea oa lefatše la Satane. (Baef. 4:17-19) Bothata bona bo ntse bo ka re ama le rona kajeno. Kaha lefatše le taolong ea Satane, o sebelisa litsela tse fapa-fapaneng ho leka ho re hulela hole le Jehova. Mohlala, haeba re le batho ba ratang ho hlomphuoa le ho tuma a ka sebelisa tsona lintho tseo ho leka ho re hulela hole le Jehova. A ka ’na a sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona lapeng, sekolong, kapa sebakeng seo re holetseng ho sona ho leka ho etsa hore re nahane ka tsela eo a e batlang. Na ho ka khoneha hore re hlakole “lintho tse metseng ka matla” likelellong tsa rona? (2 Bakor. 10:4) Ha Pauluse a araba potso ena o re: “Etsoe re phethola menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo; ’me re tlisa monahano o mong le o mong kholehong ho o etsa hore o mamele Kreste.” (2 Bakor. 10:5) E, Jehova a ka re thusa hore re hlakole menahano e joalo ka likelellong tsa rona. w19.06 8 ¶1-3
Mantaha, la 6 September
Ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na. Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova.—Pes. 73:28.
Le hoja Anna, Davida le mopesaleme ba ne ba tšoenyehile haholo, ba ile ba itšetleha ka Jehova. Ba ile ba bolella Jehova lintho tse ba tšoenyang. Ba ile ba mo bolella ka bolokohi hore na ke lintho life tse ba tšoenyang. Hape ha baa ka ba khaotsa ho ea moo Jehova a rapeloang teng. (1 Sam. 1:9, 10; Pes. 55:22; 73:17; 122:1) Jehova o ile a ba utloela bohloko kaofela ’me a ba araba. Anna o ile a imoloha. (1 Sam. 1:18) Davida o ile a re: “Litlokotsi tsa ea lokileng li ngata, empa Jehova o mo lopolla ho tsona kaofela.” (Pes. 34:19) Hamorao mopesaleme o ile a utloa eka Jehova o “tšoere letsoho la [hae] le letona,” ’me o mo tataisa ka lerato. (Pes. 73:23, 24) Re ithuta’ng mehlaleng ea bahlanka baa ba Jehova? Hore ka linako tse ling re tla thulana le mathata a boima a tla etsa hore re tšoenyehe. Empa re tla khona ho a mamella haeba re thuisa kamoo Jehova a ’nileng a thusa bahlanka ba hae kateng, re mo rapela ka tieo, re bile re mo hlompha ka ho etsa lintho tseo a reng re li etse.—Pes. 143:1, 4-8. w19.06 17 ¶14-15
Labobeli, la 7 September
Empa esita le haeba le ka utloa bohloko ka lebaka la ho loka, lea thaba.—1 Pet. 3:14.
U se ke oa lumella hore lintho tseo batho ba li buang kapa ba li etsang li etse hore u soabele ho ba Paki ea Jehova. (Mik. 4:5) Nahana ka lintho tseo baapostola ba neng ba le Jerusalema ba ileng ba li etsa ka mor’a hore Jesu a bolaoe. Ba ne ba tseba hantle hore na baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba ba hloile hakaakang. (Lik. 5:17, 18, 27, 28) Ho ntse ho le joalo, letsatsi le letsatsi ba ne ba e-ea tempeleng ebile ba bua phatlalatsa hore ke barutuoa ba Jesu. (Lik. 5:42) Ha baa ka ba lumella hore ho tšaba batho ho ba sitise ho bolela. Le rona re ka hlola bothata ba ho tšaba batho ka hore nako le nako re itsebahatse re le Lipaki Tsa Jehova ha re le mosebetsing, sekolong le motseng moo re phelang teng. (Lik. 4:29; Bar. 1:16) Ke hobane’ng ha baapostola ba ne ba thabile? Ba ne ba tseba hantle hore na ke hobane’ng ha ba hlouoe, kahoo ba ne ba nka e le tlotla ho tšoaroa ka ho hloka toka ka lebaka la ho etsa thato ea Jehova. (Luka 6:23; Lik. 5:41;1 Pet. 2:19-21) Ha re utloisisa hore re hlouoe ke batho hobane re etsa lintho tse nepahetseng, re ke ke ra lumella hore taba eo e re sitise ho sebeletsa Jehova. w19.07 7 ¶19-20
Laboraro, la 8 September
Ho lumelloa ke molao ho etsa ntho e ntle ka sabatha.—Mat. 12:12.
Jesu le balateli ba hae ba ne ba phomola ka Sabatha hobane ba ne ba mamela Molao oa Moshe. Empa Jesu o ile bua le ho etsa lintho tse ngata tse neng li bontša hore e ne e se phoso ho ba mosa le ho thusa batho ka letsatsi la Sabatha. (Mat. 12:9-11) O ne a sa nke hore ke ntho e mpe ho ba mosa le ho thusa batho ba bang ka letsatsi la Sabatha. Lintho tseo Jesu a ileng a li etsa li ile tsa bontša hantle hore o ne a utloisisa lebaka leo ka lona Jehova a ileng a re batho ba phomole ka Sabatha. Kaha bahlanka ba Molimo ba ne ba sa sebetse ka letsatsi leo, ba ne ba khona ho ithuta ka Molimo. Jesu o holetse lelapeng le neng le ithuta ka Jehova ka Sabatha e le hore le ka matlafatsa kamano ea lona le Jehova haholoanyane. Re khona ho tseba ka taba ena ha re bala ka hore na Jesu o ile a etsa’ng ha a fihla motseng oa habo oa Nazaretha. Bibele e re: “Ho ea ka tloaelo ea [Jesu] ka letsatsi la sabatha, a kena ka synagogeng, ’me a ema hore a bale.” (Luka 4:15-19). Kahoo, le barutuoa ba hae ba ne ba hlompha molao oa Sabatha hoo ba ileng ba tlohela ho hlophisa lepato la Jesu ho fihlela Sabatha e felile.—Luka 23:55, 56. w19.12 4 ¶10
Labone, la 9 September
Le ne le se na tšepo.—Baef. 2:12.
Mokreste e mong le e mong o lokela ho kenya letsoho mosebetsing oa ho etsa batho barutuoa. Re ka ’na ra tšoantša mosebetsi ona le oa ho batla ngoana ea lahlehileng. Ka tsela efe? Nahana ka se ileng sa etsahala ka moshanyana e mong ea lilemo li tharo ea ileng a lahleha. Batho ba ka bang 500 ba ile ba kena letšolong la ho mo batla. Qetellong, ka mor’a ho qeta lihora tse ka bang 20 ba ntse ba mo batla, motho e mong o ile a mo fumana ka har’a tšimo ea poone. Motho eo ha aa ka a batla hore batho ba mo rorise ka hore ebe o fumane ngoana eo. O ile a re: “Ngoana o fumanehile hobane kaofela re sebelitse ’moho.” Batho ba bangata ba tšoana le ngoana eo ea neng a lahlehile. Ba lahlehetsoe ke tšepo empa ba ntse ba batla ho thusoa. Lipaki Tsa Jehova tse ka holimo ho limilione tse robeli li sebetsa ka thata ho batla batho bao. E ka ’na eaba ha u e-s’o fumane motho ea batlang ho ithuta Bibele le uena. Empa e ka ’na eaba bahoeletsi ba bang ba phuthehong ea heno ba fumane batho ba batlang ho ithuta Bibele le bona. Ha mora kapa morali’abo rona a fumana motho ea batlang ho ba molateli oa Kreste, bohle ba kentseng letsoho letšolong la ho batla batho ba na le lebaka la ho thaba. w19.07 16-17 ¶9-10
Labohlano, la 10 September
Ke phehella pakaneng.—Bafil. 3:14.
Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Filipi bohlokoa ba ho mamella ho fihlela kholeng ka mamello. Ho tloha qalong feela, haesale Bakreste ba moo ba hlorisoa. Mathata ana a qalile ka selemo sa 50 ha Pauluse le Silase ba fihla Filipi ka mor’a hore ba amohele memo ea hore ba ‘tšelele Macedonia.’ (Lik. 16:9) Ha ba fihla moo, ba ile ba kopana le Lydia, ea ileng a ba mamela “ ’me Jehova a bula pelo ea hae haholo” bakeng sa litaba tse molemo. (Lik. 16:14) Ho e-s’o ee kae, o ile a kolobetsoa hammoho le bohle ba lelapa la hae. Empa e ile ea ba ba khoathile tsa semana. Ba boholong motseng oo ba ile ba isa Pauluse le Silase makhotleng, ba ba qosa ka hore ba bakile pherekano motseng. Ka lebaka leo, Pauluse le Silase ba ile ba khakhathoa, ba isoa chankaneng, eaba hamorao ba laeloa hore ba tlohe motseng oo. (Lik. 16:16-40) Na ba ile ba tela? Le khale! Joale, bara le barali babo rona ba phuthehong ee e ncha ba ile ba etsa’ng? Ntho e ntle ke hore le bona ba ile ba mamella! Ha ho potang hore ba ile ba tiisoa moko ke mohlala o motle oa Pauluse le Silase. w19.08 2 ¶1-2
Moqebelo, la 11 September
Le tlale litholoana tse lokileng.—Bafil. 1:11.
Ha ho pelaelo hore “litholoana tse lokileng” li akareletsa ho rata Jehova le bahlanka ba hae. Lintho tseo li boetse li akareletsa ho bua ka tumelo ea rona ho batho ba bang le ka tšepo ea rona. Re beha “litholoana tse lokileng” ha re etsa sohle se matleng a rona ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa oa ho etsa batho barutuoa. (Mat. 28:18-20) Ho sa tsotellehe maemo ao re leng ho ’ona, re ka khanya joaloka leseli. Ka nako e ’ngoe, lintho tse ka re sitisang ho bolela litaba tse molemo e ka tsona tse hlileng li re fang monyetla oa ho li bolela. Mohlala, moapostola Pauluse o ne a koaletsoe ntlong eo a lulang ho eona Roma, ha a ne a ngola lengolo la Bafilipi. Le hoja a ne a le teronkong, o ne a ntse a khona ho bolella balebeli ba hae le batho ba mo etetseng litaba tse molemo. Pauluse o ne a ruta ka cheseho le tlas’a maemo ao, ’me seo se ile sa etsa hore balumeli-’moho le eena ba be sebete e le hore “ba bolele lentsoe la Molimo ba sa tšabe letho.”—Bafil. 1:12-14; 4:22. w19.08 12 ¶15-16
Sontaha, la 12 September
Ka hona, le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.—1 Pet. 5:6.
Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re loanelang ho ba batho ba ikokobelitseng, ke hobane ha re etsa joalo re tla be re thabisa Jehova. Moapostola Petrose o ile a hlakisa taba ena ha a ne a ngola mantsoe a temaneng ea letsatsi ea kajeno. Buka ea “Tloo U be Molateli oa Ka” khaolong ea 3, serapeng sa 23 ha e hlalosa hore na Petrose o ne a bolela’ng e re: “Boikakaso bo tšoana le chefo. Bo ka ba le liphello tse kotsi. Ke tšobotsi e ka etsang hore batho ba nang le bokhoni ka ho fetisisa e be ba se nang thuso ho Molimo. Ka lehlakoreng le leng, boikokobetso bo ka etsa hore esita le motho ea se nang bokhoni hakaalo e be ea molemo haholo mahlong a Jehova. . . . Molimo oa rona o tla thabela ho u putsa ha u ikokobelitse.” Kannete ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re batlang ho e etsa, ke ho thabisa Jehova! (Liprov. 23:15.) Ha re loanela ho ba batho ba ikokobelitseng, re thabisa Jehova ebile re fumana melemo e mengata. Ha re ikokobelitse, batho ba bang ba tla thabela ho ba metsoalle ea rona. E le hore u tle u utloisise taba ena hantle, leka ho utloisisa hore na batho ba bang ba ikutloa joang.—Mat. 7:12. w19.09 4 ¶8-9
Mantaha, la 13 September
E mong le e mong ea pelo e ikakasang ke ntho e manyala ho Jehova.—Liprov. 16:5.
Baholo ba sebetsa ka thata ho thusa bara le barali babo rona. Hape ha ba ikhohomose ka lebaka la boikarabelo boo ba nang le bona ka phuthehong. Ho e-na le hoo, ba tšoara bara le barali babo rona ka mosa. (1 Bathes. 2:7, 8) Kaha ba ikokobelitse ebile ba rata batho ba bang, ba bua le bona ka tsela e bonolo. Mor’abo rona Andrew ea qetileng lilemo tse ngata e le moholo o re: “Haeba moholo a le mosa a bile a le botsoalle, sena se ama lipelo tsa bara le barali babo rona. Makhabane ana a etsa hore ba sebelisane hantle le baholo.” Mor’abo rona Tony eo le eena a qetileng lilemo tse ngata e le moholo o re: “Ke leka ka hohle hore ke sebelise keletso e hlahang ho Bafilipi 2:3 le ho nka hore batho bohle ba mphahametse. Ho etsa joalo ho nthusa hore ke se ke ka qobella batho ba bang hore ba ’mamele.” Baholo ba tlameha ho ikokobetsa feela joalokaha Jehova a ikokobelitse. Le hoja Jehova e le ’Musi oa Bokahohle, “o itheola boemong” ba hae e le hore a ‘phahamise ea tlaase leroleng.’ (Pes. 18:35; 113:6, 7) Bibele e re Jehova o hloile batho ba ikhohomosang. w19.09 16-17 ¶11-12
Labobeli, la 14 September
Jarang joko ea ka.—Mat. 11:29.
E le hore re khatholohe tlas’a joko ea Jesu, re lokela ho ba le pono e nepahetseng. Mosebetsi oo re o etsang ke oa Jehova, kahoo re lokela ho o etsa kamoo a batlang. Rona re basebetsi, Jehova ke Monghali oa rona. (Luka 17:10) Haeba re leka ho etsa mosebetsi ona ka tsela eo rona re batlang, re tla ithatafaletsa oona. Empa haeba re latela tataiso ea Jehova, re ka etsa le lintho tseo re neng re sa nahane hore re ka khona ho li etsa, ra ba ra hlola le mathata ao re neng re sa nahane hore re ka a hlola. Re lokela ho hopola hore ha ho motho ea ka sitisang morero oa Jehova ho phethahala. (Bar. 8:3; 1 Joh. 4:4) Ntho e ka sehloohong eo re e batlang ke ho rorisa ntate oa rona ea lerato Jehova. Batho ba bang mehleng ea Jesu ba ile ba mo latela ka lebaka la meharo le lintho tseo ba neng ba batla ho li fumana molemong oa bona. Ho e-s’o ee kae, ba ile ba felloa ke thabo eaba ba nyahlatsa joko ea Jesu. (Joh. 6:25-27, 51, 60, 66; Bafil. 3:18, 19) Empa ba neng ba susumetsoa ke ho rata Molimo le moahelani ba ile ba tsoela pele ba jere joko ea Jesu bophelo bohle ba bona, ba e-na le tšepo ea ho ea busa le Kreste leholimong. Haeba re jara joko ea Jesu ka sepheo se nepahetseng, le rona re tla lula re thabile. w19.09 20 ¶1; 24-25 ¶19-20
Laboraro, la 15 September
Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.—Joh. 8:32.
Ak’u nahane ka litlhohonolofatso tseo u nang le tsona tsa hore ebe u lokolotsoe lithutong tsa bohata. Re thaba haholo hore ebe re na le tokoloho ena! U ka lebella ho ba le tokoloho e eketsehileng nakong e tlang. Haufinyane, Jesu o tla felisa bolumeli ba bohata le puso e khopo ea batho. Molimo o tla sireletsa “bongata bo boholo” bo mo sebeletsang ebe o bo lumella hore bo thabele litlhohonolofatso paradeiseng. (Tšen. 7:9, 14) Ho boetse ho na le batho ba bangata ba tla tsosoa bafung ba tla fuoa monyetla oa ho lokolloa liphellong tsa sebe se tlisitsoeng ke Adama. (Lik. 24:15) Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, Jesu hammoho le babusi-’moho le eena ba tla thusa batho hore ba phele hantle ’meleng le hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Nako ena ea ho etsa hore lintho tsohle li be maemong a matle le ho etsa hore batho ba be le tokoloho, e tla tšoana le Jubile ea mehleng ea Baiseraele. Qetello ea batho bohle ba tla phela lefatšeng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi e tla ba hore ba phethahale le hore ba lokolloe sebeng. w19.12 12-13 ¶14-16
Labone, la 16 September
Barnabase a mo phallela.—Lik. 9:27.
Mehleng ea baapostola, monna e mong ea bitsoang Josefa (eo fane ea hae e leng Barnabase) ea neng a fana haholo o ne a ikemiselitse ho sebelisoa ke Jehova. (Lik. 4:36, 37) Ka mor’a hore Saule e be Mokreste, Bakreste ba bang ba ne ba mo tšaba hobane o ne a kile a hlorisa phutheho ea Molimo. Empa Barnabase o ile a thusa Saule. (Lik. 9:21, 26-28) Hamorao, baholo ba Jerusalema ba ile ba bona hore barab’abo bona ba neng ba lula Antioke ea Syria ba hloka ho khothatsoa. Ba ile ba roma mang? Ba ile ba etsa qeto e ntle hobane ba ile ba roma Barnabase. Bibele e re Barnabase o ile “a qala ho ba khothaletsa kaofela hore ba tsoele pele Moreneng ka morero o tsoang pelong.” (Lik. 11:22-24) Ka tsela e tšoanang, le mehleng ena Jehova a ka re thusa hore re khone ho tšelisa bara le barali babo rona. Mohlala, a ka ’na a re sebelisa ho tšelisa batho ba oeleng ka phatla. Kapa a ka ’na a re susumeletsa ho letsetsa kapa ho etela motho ea kulang kapa ho khothatsa motho ea nang le khatello ea maikutlo. Na u tla lumella Jehova a u sebelise joalokaha a ile a sebelisa Barnabase?—1 Bathes. 5:14. w19.10 22 ¶8
Labohlano, la 17 September
Ea koahelang tlolo o batla lerato, ’me ea ntseng a bua ka taba o arola ba tloaelaneng.—Liprov. 17:9.
Ka linako tse ling ha re sebetsa haufi le metsoalle ea rona, ha re hlokomele makhabane a bona feela empa re boetse re bona le mefokolo. Re ka thusoa ke’ng hore re sebetsane le bothata boo? Ha rea lokela ho lebella hore bara le barali babo rona ba phethahale. Kahoo, ha re se re entse metsoalle, re lokela ho sebetsa ka thata hore setsoalle sa rona se lule se tiile. Haeba metsoalle ea rona e etsa liphoso, re ka ’na ra lokela ho e fa keletso ka mosa empa re toba taba re sebelisa Lentsoe la Molimo. (Pes. 141:5) ’Me ha e re hatile torong, re lokela ho e tšoarela. Ha re se re e tšoaretse, ha rea lokela ho lula re bua ka liphoso tseo e ileng ea re etsetsa tsona. Ke habohlokoa hore re shebe lintle tsa bara le barali babo rona ho e-na le ho sheba mefokolo ea bona. Ha re etsa joalo re tla matlafatsa setsoalle sa rona le bona. Ho bohlokoa ho etsa joalo hobane re tla hloka metsoalle e haufi-ufi nakong ea matšoenyeho a maholo. w19.11 6 ¶13, 16
Moqebelo, la 18 September
Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.—Mat. 28:19, 20.
Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ‘etsa barutuoa, re ba rute ho boloka lintho tsohle tseo Jesu a re laetseng tsona.’ Re lokela ho thusa batho ho utloisisa hore ho bohlokoa ho bona ho khetha ho sebeletsa Jehova le ho tšehetsa ’Muso oa hae. Sena se bolela hore re lokela ho ba khothalletsa ho etsa lintho tseo ba ithutileng tsona, ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Ke ka tsela ena feela ba tlang ho pholoha letsatsi la Jehova. (1 Pet. 3:21) Ho se ho setse nako e nyane haholo pele bofelo bo fihla. Kahoo, ha rea lokela ho senya nako re ithuta Bibele le batho ba sa batleng ho etsa liphetoho bophelong ba bona e le hore ebe barutuoa ba Jesu. (1 Bakor. 9:26) Mosebetsi oa rona o potlakile haholo. Ho ntse ho e-na le batho ba bangata ba lokelang ho rutoa ka ’Muso oa Molimo nako e sa lumela. w19.10 11-12 ¶14-15
Sontaha, la 19 September
A tšele libano holim’a mollo ka pel’a Jehova.—Lev. 16:13.
Selemo le selemo Baiseraele ba ne ba kopana ’me ba etsa mahlabelo a liphoofolo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe. Mahlabelo ao a ne hopotsa Baiseraele hore ba ne ba lokeloa ho tšoareloa libe. Empa pele ho moo, moprista ea phahameng o ne a lokela ho tšela libano tse halalelang holim’a mashala a hlenneng e le hore ntlo eohle e ka tlala monko o nkhang hamonate. Re ka ithuta’ng tabeng ee? Bibele e bontša hore lithapelo tsa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang tseo a li amohelang li tšoana le libano. (Pes. 141:2; Tšen. 5:8) Ka tlhompho eohle Moprista ea Phahameng o ne a tlisa libano ka pel’a Jehova. Ka tsela e tšoanang, ha re rapela Jehova re bua le eena ka tlhompho eohle. Re mo fa tlhompho e mo lokelang. Re ananela hore ebe ’Mopi oa rona o re lumella ho bua le eena le ho mo atamela joalokaha ngoana a atamela ntate oa hae. (Jak. 4:8) O re nka re le metsoalle ea hae. (Pes. 25:14) Re ananela tokelo ena hoo re sa batleng ho etsa eng kapa eng e ka utloisang Jehova bohloko. w19.11 20-21 ¶3-5
Mantaha, la 20 September
Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.—Pes. 104:24.
Batho ba bangata motseng oa heno ba nka mosebetsi joang? Linaheng tse ngata batho ba sebetsa ka thata ho feta leha e le neng pele. Batho ba sebetsang ka thata hangata ha ba fumane nako ea ho phomola, ea ho ba le ba malapa a bona kapa ea ho ithuta ka Molimo. (Moek. 2:23) Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ha ba rate ho sebetsa ho hang ’me ba ipehela mabaka a hore na ke hobane’ng ha ba sa rate ho sebetsa. (Liprov. 26:13, 14) Empa u nahana hore Jehova le Jesu bona ba nka mosebetsi joang? Ha ho potang hore Jehova o rata ho sebetsa. Jesu o ile a hlakisa taba ena ha a re: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.” (Joh. 5:17) Nahana ka mosebetsi oo Molimo a ileng a o etsa ha a ne a bopa mangeloi, linaleli le lipolanete. Re boetse re bona le lintho tse ntle tseo Jehova a li bopileng mona lefatšeng. w19.12 2 ¶1-2
Labobeli, la 21 September
Ke fumane Davida . . . monna ea ratoang ke pelo ea ka.—Lik. 13:22.
Ho tlile joang hore ebe Davida o ile a ba le setsoalle se haufi le Jehova? Davida o ile a ithuta ka Jehova linthong tseo a li bopileng. Ha Davida a ntse a hola, o ile a qeta nako e ngata naheng a hlokomela linku tsa ntate oa hae. Mohlomong o ile a qala ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova a li entseng ka nako eo. Mohlala, ha Davida a ne a sheba leholimo le tletseng linaleli, o ne a sa bone tsona feela. O ne a bona makhabane a motho ea li entseng. (Pes. 19:1, 2) Ha Davida a ne a nahana ka tsela eo batho ba bopiloeng ka eona, o ile a hlokomela hore Jehova ke Molimo ea bohlale. (Pes. 139:14) Ha a ne a nahanisisa ka lintho tseo Jehova a li entseng, o ne a ipona hore ha se letho ha a bapisoa le Jehova. (Pes. 139:6) Re ithuta’ng? Letsatsi le letsatsi, nahanisisa ka lintho tse u potolohileng tseo Jehova a li bopileng e ka bang ke limela, batho kapa liphoofolo hore na li u ruta’ng ka Jehova. Ha u etsa joalo, ho tla ba le ntho eo u ithutang eona ka Ntate oa hao ea lerato letsatsi le letsatsi. (Bar. 1:20) Hape u tla mo rata le ho feta. w19.12 19-20 ¶15-17
Laboraro, la 22 September
Ka tumelo Moshe, ha a holile, o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro.—Baheb. 11:24.
Moshe o ile a khetha ho sebeletsa Molimo. Ha a le lilemo tse ka bang 40, o ile a khetha ho ba ka lehlakoreng la batho ba Molimo ho e-na le ho tsebahala e le “mora oa morali oa Faro.” O ile a tela boemo boo bo phahameng boo a neng a e-na le bona. Moshe o ne a tseba hore Faro eo e neng e le morena oa Baegepeta a bile a nkoa e le molimo, o ne a tla halefa haholo ha a ne a e-ba ka lehlakoreng la Baiseraele. Taba ena e bontša hore Moshe o ne a e-na le tumelo e matla. Hape o ne a tšepa Jehova. Ho tšepa Jehova ke eona ntho ea bohlokoa e ileng ea thusa Moshe hore a be le kamano e haufi le Jehova bophelo bohle ba hae. (Liprov. 3:5) Re ithuta’ng? Joaloka Moshe, le rona re lokela ho khetha hore na re tla sebeletsa Molimo le ho ikamahanya le batho ba hae. Re ka ’na ra lokela ho itella Molimo hape batho ba sa mo tsebeng ba ka ’na ba re hanyetsa. Empa ha re tšepa Jehova, o tla re tšehetsa. w19.12 17 ¶5-6
Labone, la 23 September
Jehova Molimo a etsa motho ka lerole la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo.—Gen. 2:7.
Le hoja re bopiloe ka lerole, taba eo ha e bolele hore ha re na thuso ho Jehova. Ak’u nahane ka a mang a mabaka a re kholisang hore re fela re le batho ba bohlokoa ho Jehova. O bopile batho ba e-na le bokhoni ba ho etsisa makhabane a hae. (Gen. 1:27) Ka ho etsa joalo, o entse hore batho ba be bohlokoa ho feta ntho le ha e le efe eo a e bopileng lefatšeng ’me o re file boikarabelo ba hore re hlokomele lefatše le liphoofolo. (Pes. 8:4-8) Esita le ka mor’a hore Adama a etse sebe, Jehova o ile a ’na a tsoela pele ho nka batho ba le bohlokoa. O re nka re le ba bohlokoa hoo a ileng a ba a tela Mora oa hae a le mong hore a tl’o shoela libe tsa rona. (1 Joh. 4:9, 10) A sebelisa sehlabelo sa Jesu sa thekollo Jehova o tla tsosa bafu ba ileng ba shoa ka lebaka la sebe sa Adama. ’Me o ‘tla tsosa ba lokileng le ba sa lokang.’ (Lik. 24:15) Lentsoe la hae le ea bontša hore re ba bohlokoa ho eena ho sa tsotellehe hore na rea kula, re kolla ntsi hanong kapa re tsofetse.—Lik. 10:34, 35. w20.01 15 ¶5-6
Labohlano, la 24 September
[Ameha ka] litaba tsa [hao].—1 Bathes. 4:11.
Motho ha e be motlotsuoa ka tsoalo. O tlotsoa ke Molimo. (1 Bathes. 2:12) Kahoo, re lokela ho qoba ho botsa lipotso tse ka utloisang batho ba bang bohloko. Ka mohlala, re lokela ho qoba ho botsa mosali oa mor’abo rona ea tlotsitsoeng hore na o ikutloa joang ka ho tla phela lefatšeng ka ho sa feleng monna oa hae a le sieo. Re kholisehile hore lefatšeng le lecha Jehova o tla “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Pes. 145:16) Rea itšireletsa ha re sa nke batlotsuoa ba le bohlokoa ho feta batho ba bang. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Bibele e re batlotsuoa ba bang ba ka ’na ba se ke ba lula ba tšepahala. (Mat. 25:10-12; 2 Pet. 2:20, 21) Ha re qoba ho nkela batho ba itseng holimo, re ke ke ra ba latela esita le ha e le batlotsuoa, batho ba tsebahalang kapa batho ba sebelelitseng Jehova ka nako e telele. (Juda 16) Joale, e tla re ha ba sa tšepahale kapa ba tlohela phutheho, re ke ke ra felloa ke tumelo kapa ra khaotsa ho sebeletsa Jehova. w20.01 29 ¶9-10
Moqebelo, la 25 September
Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.—Baef. 5:1.
Kaha re “bana ba ratoang” ba Jehova, re leka kahohle hore re mo etsise. Re mo etsisa ka hore re rate batho ba bang, re be mosa re be re tšoarelane. Haeba batho ba sa sebeletseng Molimo ba bona hore re itšoere hantle, ba ka ’na ba batla ho ithuta ka eena. (1 Pet. 2:12) Batsoali ba Bakreste ba lokela ho leka ho tšoara bana ba bona ka tsela eo Jehova a re tšoarang ka eona. Haeba ba etsa joalo, bana ba bona ba ka ’na ba batla ho ba metsoalle ea Jehova. Re motlotlo ka Ntate oa rona Jehova ’me re batla hore batho ba bang ba mo tsebe. Re ikutloa hantle joaloka Morena Davida ha a re: “[Ke] tla ithorisa ka Jehova.” (Pes. 34:2) Empa re ka etsa’ng haeba re le lihlong ho bua ka Jehova? Re ka bontša sebete joang? Re tla ba sebete ha re nahana ka hore na Jehova o tla thaba hakaakang ha re bua ka eena. Re tla boela re be sebete ha re nahana ka hore na batho ba bang ba tla rua molemo hakaakang ha ba ithuta ka Jehova. Hape Jehova o tla re fa sebete. Joalokaha a ile a thusa Bakreste ba mehleng ea ho ne ho ngoloa Bibele hore ba be sebete, le rona o tla re thusa.—1 Bathes. 2:2. w20.02 11 ¶12-13
Sontaha, la 26 September
Ka hona e-eang ’me le etse . . . , barutuoa, le ba kolobetse.—Mat. 28:19.
Batho ba bangata ba ithutang Bibele ba tsoela pele hantle ebe baa kolobetsoa. Leha ho le joalo, ho ntse ho e-na le batho ba bang ba ithutang Bibele le rona ba tšabang ho ba barutuoa. Ba thabela ho ithuta empa ha ba tsoele pele hantle e le hore ba kolobetsoe. Haeba ho na le motho eo u ntseng u ithuta Bibele le eena, re kholisehile hore u batla ho mo thusa hore a phelele lintho tseo a ithutileng tsona le hore e be morutuoa oa Kreste. Jehova o batla hore batho ba mo sebeletse hobane ba mo rata. Kahoo, ntho e ka sehloohong eo re batlang ho e etsa ke ho thusa batho bao re ithutang le bona ho utloisisa hore Jehova o tsotella e mong le e mong oa bona le hore o ba rata haholo. Re batla ho ba thusa ho bona hore Jehova “ke ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate ’me ke moahloli oa bahlolohali.” (Pes. 68:5) Ha lithuto tsa hao li hlokomela kamoo Jehova a li ratang kateng le tsona li tla qala ho mo rata. Kahoo, thusa lithuto tsa hao ho utloisisa hore Molimo oa rona ea lerato o batla hore li fumane bophelo bo sa feleng le hore o ikemiselitse ho li thusa hore li atlehe. w20.01 3 ¶7-8
Mantaha, la 27 September
Ke ile ka fumana thabo le matšeliso a maholo ka lerato la hao.—Filem. 7.
Pauluse o ne a ikokobelitse, kahoo o ne a tseba hore o lokela ho khothatsoa ke metsoalle ea hae. Ha aa ka a ngongoreha ka hore batho ba bang ba tla mo nka a se na matla hobane a ile a lumela hore batho ba bang ba mo khothatse nakong eo ea tlokotsi. (Bakol. 4:7) Haeba ka boikokobetso re lumela hore re hloka ho khothatsoa, bara le barali babo rona ba tla etsa joalo ba thabile. Pauluse o ne a tseba hore Mangolo a tla mo tšelisa. (Bar. 15:4) A ne a boetse a tla mo fa bohlale ba hore a sebetsane le liteko tsa hae. (2 Tim. 3:15, 16) Ha a le teronkong Roma ka lekhetlo la bobeli, o ile a utloa hore o ne a se a le haufi le ho bolaoa. O ile a re Timothea a tle ho eena kapele ’me a tle le “meqolo.” (2 Tim. 4:6, 7, 9, 13) Hobane’ng? Hobane ho ka etsahala hore ebe meqolo eo e ne e-na le likarolo tse itseng tsa Mangolo a Seheberu tseo a neng a tla li sebelisa ha a ithuta Bibele. Haeba re etsisa Pauluse ka hore nako le nako re ithute Lentsoe la Molimo, Jehova o tla sebelisa Mangolo ho re tšelisa ho sa tsotellehe hore na re na le mathata afe. w20.02 23-24 ¶14-15
Labobeli, la 28 September
Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa.—Mat. 7:1.
Lintho tseo Elifaze, Bildade, le Tsofare ba ileng ba li bua li ne li bontša hore ba ne ba sa thola hobane ba ntse ba nahana ka hore na ba ka thusa Jobo joang. Ho e-na le hoo, ba ile ba nahana ka hore na ba ka mo bontša joang hore ho na le ho phoso hoo a ho entseng. Lintho tse ling tseo ba ileng ba li bua e ne e le linnete empa boholo ba lintho tseo ba ileng ba li bua ka Jehova le Jobo li ne li utloisa bohloko ebile e le mashano. Ba ile ba qosa Jobo ka hore e ne e le motho ea mobe. (Jobo 32:1-3) Jehova o ile a etsa’ng? O ile a halefela banna bao ba bararo haholo. O ile a re ke maoatla ’me a etsa hore ba kope Jobo hore a ba rapelle. (Jobo 42:7-9) Re ka ithuta lintho tse ngata ho Elifaze, Bildade, le Tsofare. Ntho ea pele eo re ithutang eona ke hore, ha rea lokela ho ahlola bara le barali babo rona. (Mat. 7:2-5) Ho e-na le hoo, re lokela ho ba mamela ka hloko pele re ka bua. Ha re etsa joalo, re tla khona ho ikenya lieteng tsa bona. (1 Pet. 3:8) Ea bobeli, re lokela ho etsa bonnete ba hore re bua ka tsela e mosa hape re bua lintho tse nepahetseng. (Baef. 4:25) Ea boraro eo re ithutang eona ke hore, Jehova o thahasella lintho tseo re li buang ho batho ba bang. w20.03 22-23 ¶15-16
Laboraro, la 29 September
Le ntse le tsoela pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe.—Baef. 6:18.
Hangata ha re ruta batho ka Jehova, re mo tseba haholoanyane. Ka mohlala, re bona kamoo Jehova a leng mosa kateng ha a re thusa hore re fumane batho ba batlang ho ba metsoalle ea hae. (Joh. 6:44; Lik. 13:48) Rea bona hore Lentsoe la Molimo le matla hobane le thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba fetole bophelo ba bona. (Bakol. 3:9, 10) Re bona mamello ea Jehova ka hore ebe o re romela ho batho ba tšimong ea rona hangata-ngata e le hore ba ithute ka eena le hore ba pholohe. (Bar. 10:13-15) Ho sa tsotellehe hore na e se e le nako e kae re sebeletsa Jehova, re lokela ho lula re nka setsoalle sa rona le eena e le sa bohlokoa. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re nka setsoalle sa rona le Jehova e le sa bohlokoa ke ka hore re bue le eena ka thapelo. Haeba u batla hore setsoalle sa hao le motho e mong se tiee, le lokela ho buisana nako le nako. Kahoo, e le hore u be le setsoalle se tiileng le Molimo, u lokela ho mo rapela nako le nako, u se ke oa tšaba ho mo bolella hore na u nahana’ng le hore na u ikutloa joang. w19.12 19 ¶11, 13-14
Labone, la 30 September
Le tšoaretsoe libe.—1 Joh. 2:12.
Ho nahana ka taba ena hoa re khothatsa. Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla felisa mathata ’ohle ao Satane a re baketseng ’ona. (Esa. 65:17; 1 Joh. 3:8; Tšen. 21:3, 4) Ka lebaka leo tšepo eo re nang le eona e tiea le ho feta. Le hoja mosebetsi oo Jesu a re fileng oona o se bonolo, oa re tšehetsa ebile o na le rona ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho. (Mat. 28:19, 20) Kahoo, re ba sebete le ho feta. Ho khothala, ho ba le tšepo le ho ba sebete ke tse ling tsa lintho tsa bohlokoa tse re thusang ho ba le khotso. Joale, u ka etsa’ng hore u lule u e-na le khotso le ha u thulana le mathata? U ka ba le eona ka hore u etsise mohlala oa Jesu. Tsela ea pele, phehella thapelong ho sa tsotellehe hore na u hlaheloa ke’ng. Ea bobeli, mamela Jehova ’me u pake ka cheseho esita le ha ho nyolosetsa. Ea boraro, kopa thuso ho metsoalle ea hao ha u e-na le mathata. Ha u etsa joalo u tla lula u e-na le khotso. (Bafil. 4:6, 7) Ebile joaloka Jesu, u tla khona ho hlola mathata ’ohle ao u thulanang le ’ona.—Joh. 16:33. w19.04 13 ¶16-17