October
Labohlano, la 1 October
Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.—2 Likron. 16:9.
Hona joale re bona lintho tse ngata tse pakang hore Jehova o sireletsa batho ba hae. Mohlala: Re khona ho ruta batho Bibele likarolong tsohle tsa lefatše. (Mat. 28:19, 20) Ka tsela eo, re pepesa mashano a Diabolose. Ho hlakile hore haeba Satane a ne a khona o ne a ka thibela mesebetsi eohle eo re e etsang, empa ha a khone. Kahoo, ha rea lokela ho tšaba meea e khopo. Haeba re lula re tšepahalla Jehova, bademona ba ke ke ba re utloisa bohloko ho ea ho ile. Leha ho le joalo, kaofela re lokela ho ikitlaeletsa ho hlola meea e khopo, re be re tšepe Jehova. Ha re etsa joalo, re tla fumana litlhohonolofatso tse ngata ’me re qobe ho khelosoa ke mashano a Satane. Hape, re ke ke ra lumella ho tšaba bademona ho re thibele ho sebeletsa Jehova. Ka holimo ho tsohle, kamano ea rona le Jehova e tla tiea le ho feta. Morutuoa Jakobo o ile a re: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela. Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.”—Jak. 4:7, 8. w19.04 24 ¶15; 25 ¶18
Moqebelo, la 2 October
Litholoana tsa mpa ke moputso.—Pes. 127:3.
Bana ba hao ke mpho eo u e fuoeng ke Molimo, “ke lefa le tsoang ho Jehova.” Ke boikarabelo ba hao ho ba sireletsa. U ka ba sireletsa joang hore ba se ke ba hlekefetsoa? Ntlha ea pele, ithute hore na tlhekefetso ke eng. Ithute hore na batho bao hangata ba hlekefetsang bana ke ba joang le hore na ba atisa ho sebelisa lintho life ho ba hoka-hoka. Ela hloko maemo a ka ’nang a ba beha kotsing. (Liprov. 22:3; 24:3) Lula u hopola hore hangata ngoana o hlekefetsoa ke motho ea mo tsebang a bile a mo tšepa. Ntlha ea bobeli, bua u phuthulohile le bana ba hao ’me u ba khothaletse hore ba u phuthulohele. (Deut. 6:6, 7; Jak. 1:19) U hopole hore hangata bana ba tšaba ho bolela ha motho a ba hlekefelitse. Ba ka ’na ba tšaba hore ha ho na motho ea tla ba kholoa, kapa ba tšabisoa ke hobane motho eo a ba tšositse. Haeba u bona eka ho na le ntho e etsahetseng, ba botse lipotso ka mosa, ebe u ba mamela ka hloko ha ba ntse ba itlhalosa. Ntlha ea boraro, ruta bana ba hao. Ba rute hore na ba lokela ho etsa’ng le ho re’ng ha motho a ba tšoara-tšoara ka tsela e sa lokelang. w19.05 13 ¶19-22
Sontaha, la 3 October
E mong le e mong ea pelo e ikakasang ke ntho e manyala ho Jehova.—Liprov. 16:5.
Ke hobane’ng ha Jehova a hloile batho ba ikakasang? Lebaka ke hobane batho ba ikakasang ba qetella ba ikhohomosa joaloka Satane. Ak’u nahane feela, Satane o ne a lumela hore Jesu eo Molimo a mo sebelisitseng ho bopa lintho tsohle a ka mo khumamela le ho mo rapela! (Mat. 4:8, 9; Bakol. 1:15, 16) Batho bao ba ikakasang ba tiisa taba ea hore bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo. (1 Bakor. 3:19) Leha ho le joalo, Bibele e re thusa hore re be le maikutlo a nepahetseng ka ho ithata. E re re lokela ho ba batho ba ithatang. Jesu o ile a re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata” e leng ntho e bontšang hore ha rea lokela ho ithata ka tsela e feteletseng. (Mat. 19:19) Leha ho le joalo, Bibele e re ha rea lokela ho inka re phahametse batho ba bang. E boetse e re: “Le sa etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.”—Bafil. 2:3; Bar. 12:3 w19.05 24 ¶13-14
Mantaha, la 4 October
Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola ikelello tsa lona.—Bar. 12:2.
Ak’u nahane ka liphetoho tseo u ileng oa tlameha ho li etsa bophelong ba hao ha u sa tsoa ithuta Bibele ’me u etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova. Bongata ba rona re ile ra tlameha ho khaotsa ho etsa lintho tse itseng tseo Bibele e reng li fosahetse. (1 Bakor. 6:9-11) Ruri rea leboha hore ebe Jehova o ile a re thusa ho khaotsa ho etsa lintho tseo! Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lumela hore re se re entse liphetoho tsohle tseo re neng re tlameha ho li etsa. Le hoja re khaolitse ho etsa libe tse tebileng tseo re neng re li etsa pele re kolobetsoa, re lokela ho itebela hore re qobe ho etsa eng kapa eng e ka re hohelang hore re khutlele ho tsona hape. Re lokela ho etsa lintho tse peli. Ea pele, re lokela ho ‘khaotsa ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho,’ ka mantsoe a mang re se ke ra itumella ho hoheloa ke lintho tsa lefatše lena. Ea bobeli, re lokela ‘ho fetoha’ ka hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona. Ho fetoha hoo ha se feela ho fetola tsela eo re shebahalang ka eona. Ho ama bophelo bohle ba rona. Re lokela ho fetola ka ho feletseng likelello tsa rona, ho akareletsa menahano, maikutlo le lintho tseo re li ratang. w19.06 9 ¶4-6
Labobeli, la 5 October
Etsoe Jehova, u nthusitse ’me u ntšelisitse.—Pes. 86:17.
Ha re tšoenyehile, ho ea libokeng ho ka re matlafatsa. Ha re le libokeng, re fa Jehova menyetla e eketsehileng ea hore a re thuse a be a re tšelise. O re matlafatsa a sebelisa moea oa hae o halalelang, Bibele le bahlanka ba hae. Ha re le libokeng re thabela “ho khothatsana” le bara le barali babo rona. (Bar. 1:11, 12) Morali’abo rona Sophia o re: “Jehova le bara le barali beso ba ile ba nthusa ho mamella. Liboka e ne e le tsa bohlokoa haholo ho ’na. Ke ile ka hlokomela hore ho ikakhela ka setotsoana tšimong le mesebetsing ea phutheho, ho nthusa hore ke se ke ka tšoenyeha le ho ngongoreha haholo.” Haeba re utloa re tšoenyehile, re lokela ho lula re hopola hore Jehova o ikemiselitse ho re thusa esita le hona joale. O re thusa hore re be le matla a ho mamella lintho tse re tšoenyang le tse etsang hore re ikutloe re se na thuso.—Bafil. 2:13. w19.06 19 ¶17-18
Laboraro, la 6 October
E-eang, le tlalehele barab’eso, e le hore ba ka tloha ho ea kena Galilea; ’me ba tla mpona moo.—Mat. 28:10.
Ntho ea pele eo Jesu a e etsang ka mor’a hore a tsosoe, ke ho bokella barutuoa ba hae ’me sebokeng sena o ba fa litaelo tsa bohlokoa. Sebokeng seo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ka mosebetsi oa bohlokoa o neng o tla etsoa ka nako eo, o tšoanang hantle le oo re o etsang hona joale. Jesu o ile a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mat. 28:19, 20) Jesu o batla hore balateli bohle ba hae ba bolele. O ne a sa fa baapostola ba hae ba 11 feela taelo eo. Re tseba joang? Ha a ne a fana ka taelo ena ea ho etsa barutuoa, e ne e se baapostola feela ba neng ba le teng thabeng ea Galilea. Re tseba joang? Hopola hore lengeloi le ile la re ho basali: “Le tla mo bona [Galilea].” (Mat. 28:7)Ho ka etsahala hore ebe basali ba tšepahalang le bona ba ne ba le teng sebokeng seo. w20.01 2-3 ¶1-4
Labone, la 7 October
Kahobane ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.—Joh. 15:19.
Jesu o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha re hlorisoa. O ile a re re tla hlouoa ke batho hobane ha re karolo ea lefatše lena. Ha re hlorisoa, ha se hobane Jehova a se a sa re rate. Ho e-na le hoo, ke bopaki ba hore re tseleng e nepahetseng. Ha ho na batho ba ka khonang ho re thibela ka ho feletseng ho sebeletsa Jehova, Molimo ea matla ’ohle. Ba bangata ba lekile empa ba hlotsoe. Nahana ka se ileng sa etsahala nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ka nako eo, linaheng tse ngata mebuso e ile ea hlorisa batho ba Molimo ka sehloho. Mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa thibeloa Jeremane nakong ea puso ea Manazi, oa boela oa thibeloa Australia, Canada le linaheng tse ling. Empa ela hloko hore na ho ile ha etsahala’ng. Ha ntoa e qala ka 1939, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 72 475 lefatšeng lohle. Kaha Jehova o ile a hlohonolofatsa bahlanka ba hae, ha ntoa eo e fela ka 1945, ho ne ho se ho e-na le bahoeletsi ba 156 299. Palo ea bahoeletsi e ile ea imena ka makhetlo a mabeli eaba ea fetela ka holimo! w19.07 9 ¶4-5
Labohlano, la 8 October
Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lona.—Joh. 13:35.
Le haeba hona joale ha u na motho eo u ithutang Bibele le eena, u ntse u ka thusa ka litsela tse ling. Mohlala, ha u qala ho bona motho Holong ea ’Muso u ka mo amohela ka mofuthu oa ba oa mo thusa. Ha u bontša ka tsela ena hore oa mo rata, u mo thusa ho hlokomela hore re fela re le Bakreste ba ’nete. Ha u fana ka likarabo tse khutšoanyane libokeng, u thusa motho e mocha hore a bone hore na ke joang a ka hlalosang tumelo ea hae ka tsela e bonolo le e utloahalang. U ka boela oa tsamaea le mohoeletsi e mocha tšimong, eaba u mo thusa ho bona tsela e loketseng ea ho sebelisa Bibele ha a ruta. Ha u etsa joalo, u tla be u mo thusa ho etsisa Kreste. (Luka 10:25-28) Bakreste ba bangata ba phathahane kaha ba na le mesebetsi e meng ea bohlokoa eo ba e etsang. Empa ba ntse ba khona ho ba le nako ea ho ithuta Bibele le batho, ’me ba thabela ho etsa joalo. w19.07 17 ¶11, 13
Moqebelo, la 9 October
Ha ke lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele, ke phehella pakaneng.—Bafil. 3:13, 14.
Moapostola Pauluse ha aa ka lumella lintho tse ntle kapa tse mpe tseo a li entseng nakong e fetileng, li mo sitise ho sebeletsa Jehova. Ke kahoo a ileng a re “ha ke lebala lintho tse ka morao” ’me ke “hahamalla linthong tse ka pele,” seo ke sa bohlokoa e le hore nka fihla kholeng peisong ena ea bophelo. Ke lintho life tseo li neng li ka ’na tsa sitisa Pauluse? Ea pele, pele Pauluse e e-ba Mokreste e ne e le motho ea hlaheletseng har’a Bajuda. Empa o ile a nka lintho tseo kaofela “e le lithole tse ngata.” (Bafil. 3:3-8) Ea bobeli, le hoja e ka ’na eaba o ne a utloisoa bohloko ke hore o kile a hlorisa Bakreste, ha aa ka lumella seo hore se mo nyahamise. Ea boraro, ha aa ka nka hore o se a finyeletse lintho tse ngata haholo tšebeletsong ea Jehova, kahoo a ka khoehlisa. Pauluse o ile a khatha tema e kholo tšebeletsong le hoja a ile a isoa chankaneng, a khakhathoa, a tlepetsoa ka majoe, a robeheloa ke sekepe, a haelloa ke lijo, a ba a hloka liaparo. (2 Bakor. 11:23-27) Ho sa tsotellehe maemo ana kaofela, Pauluse o ne a tseba hore o lokela ho tsoela pele a mameletse ho fihlela qetellong. Le rona re lokela ho mo etsisa. w19.08 3 ¶5
Sontaha, la 10 October
Ke le romela le le joaloka linku har’a liphiri.—Mat. 10:16.
Bara le barali babo rona ba bangata ba lula linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa rona o thibetsoeng, ba sebelisa mekhoa e meng ea ho paka. (Mat. 10:17-20) Naheng e ’ngoe eo ho eona mosebetsi oa rona o thibetsoeng, molebeli oa potoloho o ile a khothalletsa mohoeletsi e mong le e mong hore a koahele “tšimo” ea hae e leng beng ka eena, baahisane, bana bao a kenang sekolo le bona, basebetsi-’moho le batho bao a ba tsebang. Le pele lilemo tse peli li fela, palo ea liphutheho tse potolohong eo e ile ea eketseha ka sekhahla. Mohlomong re lula linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa rona o sa thibeloang. Empa re ka ithuta thuto ea bohlokoa ho bara le barali babo rona ba lulang linaheng tseo mosebetsi oa rona o thibetsoeng, ea hore, haeba re etsa sohle seo re se khonang hore re pakele batho, re ka kholiseha hore Jehova o tla re fa matla a ho tsoela pele re bolela esita le haeba ho le thata. (Bafil. 2:13) Hona joale ho feta leha e le neng pele, re lokela ho nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo, re hloke sekoli, re qobe ho khopisa batho ba bang re be re etse lintho tse lokileng. Ha re etsa joalo, lerato la rona le tla ata ’me re tla rorisa Ntate oa rona ea lerato, Jehova. w19.08 13 ¶17-18
Mantaha, la 11 October
Ke bone bahlanka ba palame lipere empa likhosana li tsamaea fatše feela joaloka bahlanka.—Moek. 10:7.
Hangata ha re rate ho ba le batho ba batlang hore lintho li etsoe ka tsela ea bona ba bile ba sa batle ho utloa maikutlo a batho ba bang. Empa re thabela ho ba le bara le barali babo rona ba bontšang ho utloelana bohloko, ba nang le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, qenehelo, le ba ikokobelitseng kelellong. (1 Pet. 3:8) Re ikutloa ka tsela ena ha re e-na le batho ba ikokobelitseng ’me le bona ba tla ikutloa ka tsela e tšoanang haeba le rona re ikokobelitse. Boikokobetso bo re thusa hore re thabele bophelo. Ka linako tse ling, re ka utloa eka re tšoeroe ka ho hloka toka. Ha se kamehla batho ba nang le maemo kapa tsebo e itseng ba fuoang tlhompho. ’Me ka linako tse ling, ho ka hlomphuoa batho ba se nang maemo kapa tsebo e itseng. Empa Solomone o ile a hlokomela hore ho molemo ho tlohela lintho kamoo li leng kateng ’me re se ke ra utloisoa bohloko ke hore na ho etsahala’ng bophelong. (Moek. 6:9) Ha re ikokobelitse, ho tla ba bonolo hore re amohele hore na ho etsahala’ng bophelong eseng hore na re batla hore lintho li etsahale joang. w19.09 4-5 ¶9-10
Labobeli, la 12 October
Bo-ntate, . . . le tsoele pele ho holisa [bana ba lona] ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.—Baef. 6:4.
Bo-ntate ba ba na le boikarabelo bo itseng, kahoo ba na le monyetla oa ho thusa batho ba bang. Jehova o behile bo-ntate e le lihlooho tsa malapa ’me o batla hore ba rute bana ba bona le ho ba khalemela. (1 Bakor. 11:3) Empa sena ha se bolele hore ba lokela ho sebelisa matla a bona kamoo ba ratang kateng. Jehova ke eena ea thehileng lelapa, kahoo bo-ntate ba ikarabella ho eena ka tsela eo ba tšoarang malapa a bona ka eona. (Baef. 3:14, 15) Ba bontša hore ba mamela Jehova ha ba sebelisa matla a bona ka mokhoa o mo thabisang. Bo-ntate le se ke la sebelisa matla ao le a fuoeng ke Jehova hampe. Lumelang liphoso tsa lona le be le amohele keletso e thehiloeng Bibeleng eo le e fuoang ke batho ba bang. Ha le etsa joalo, litho tsa malapa a lona li tla le hlompha hobane le le batho ba ikokobelitseng. Ha le rapela le malapa a lona, le bolelle Jehova hore na le ikutloa joang. Seo se tla etsa hore malapa a lona a bone hore le tšepa tataiso ea Jehova. Ka holimo ho tsohle, le etse hore ho sebeletsa Jehova ebe ntho e tlang pele bophelong ba lona. (Deut. 6:6-9) Mohlala oa lona o motle o tla thusa malapa a lona haholo. w19.09 15 ¶8; 17 ¶14; 18 ¶16
Laboraro, la 13 October
Le amohele [Mareka] haeba a tla ho lona.—Bakol. 4:10.
Mareka o ne a thabela ho sebeletsa batho ba bang. Ka linako tse ling o ne a sebetsa le moapostola Pauluse le moapostola Petrose ha ba ntse ba etsa mesebetsi ea bona. Ho ka etsahala hore ebe o ne a ba rekela lijo, a ba batlela moo ba ka lulang teng ’me a ba etsetsa le lintho tse ling tse joalo. (Lik. 13:2-5; 1 Pet. 5:13) Pauluse o ile a hlalosa Mareka e le e mong oa “basebetsi-’moho le eena bakeng sa ’Muso oa Molimo” le “thuso e matlafatsang ho eena.” (Bakol. 4:10, 11) Mareka e ile ea e-ba e mong ea metsoalle ea Pauluse e haufi-ufi. Ka mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 65 ha Pauluse a ne a le teronkong ka lekhetlo la ho qetela Roma, o ile a ngola lengolo la bobeli le eang ho Timothea. Lengolong leo, Pauluse o ile a kopa Timothea hore a tle Roma ’me a tle le Mareka. (2 Tim. 4:11) Ha ho potang hore Pauluse o ile a ananela mosebetsi oo Mareka a ileng a o etsa nakong e fetileng hoo a ileng a kopa Mareka hore a tl’o ba le eena nakong eo e thata. Mohlomong Mareka o ile a thusa Pauluse ka hore a mo fe lijo kapa a mo thuse ka lintho tseo a neng a li sebelisa ha a ne a ngola. Tšehetso le khothatso tseo Pauluse a ileng a li fumana ho bonahala e le tsona tse ileng tsa mo thusa hore a khone ho mamella matsatsing a ho qetela pele a bolaoa. w20.01 11 ¶12-13
Labone, la 14 October
Tloong ho ’na.—Mat. 11:28.
Bophelo boo re bo khethileng ke ba boitelo le ho sebetsa ka thata. Jesu o re lemositse hore re tla hlorisoa. Empa re ka lebella hore Jehova o tla re fa matla a ho mamella mathata ’ohle. Ha re ntse re mamella mathata re tla ba matla le ho feta. (Jak. 1:2-4) Re ka boetse ra lebella hore Jehova o tla re fa lintho tseo re li hlokang, Jesu eena o tla re tataisa ’me bara le barali babo rona bona ba tla re khothatsa. (Mat. 6:31-33; Joh. 10:14; 1 Bathes. 5:11) Mosali eo Jesu a ileng a mo folisa “phallo ea mali” o ile a khatholoha hona letsatsing leo Jesu a mo folisitseng ka lona. (Luka 8:43-48) Empa o ne a tla lula a khatholohile haeba e ne e ka ba molateli ea tšepahalang oa Jesu. U nahana hore o ile a etsa joang? Nahana ka moputso oo a neng a tla o fumana haeba a ne a ka khetha ho ba molateli oa Jesu. O ne a ka ’na a il’o busa le Jesu leholimong. Tlhohonolofatso eo a neng a tla e fumana e ne e tla feta hole boitelo boo a bo entseng hore ebe molateli oa Kreste. Ebang re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng leholimong kapa lefatšeng, re tla leboha haholo hore ebe re ile ra amohela memo ea Jesu ha a re: “Tloong ho ’na!” w19.09 25 ¶21-22
Labohlano, la 15 October
Ntlo e tla hahuoa ka bohlale, ’me e tla tiisoa ka thata ka masene.—Liprov. 24:3.
Davida le batho ba hae ba ne ba hloka thuso. Ba ile ba kopa Moiseraele e mong ea ruileng ea bitsoang Nabale hore a ba fe lijo. Ba ile ba ikutloa ba lokolohile hore ba mo kope thuso kaha ba ne ba ile ba hlokomela mehlape ea hae lefeelleng. Empa kaha Nabale e ne e le moithati, o ile a hana ho ba thusa. Davida o ile a halefa haholo eaba o rera ho bolaea Nabale le monna e mong le e mong oa ntlo ea Nabale. (1 Sam. 25:3-13, 22) Leha ho le joalo, mosali oa Nabale e motle e leng Abigaile o ne a le bohlale haholo. O ile a bontša sebete eaba o itihela fatše maotong a Davida, a mo kopa ka tieo hore a se ke a ba bolaea. Ka mosa oohle o ile a kopa Davida hore a tlohele litaba tseo matsohong a Jehova. Tsela e mosa le e bohlale eo Abigaile a ileng a bua le Davida ka eona e ile ea ama Davida pelo. O ile a bona hore Abigaile o ne a rometsoe ke Jehova. (1 Sam. 25:23-28, 32-34) Abigaile o ile a sebetsa ka thata hore a be le makhabane a ileng a mo thusa hore a sebelisoe ke Jehova. Ka tsela e tšoanang, baralib’abo rona ba lokela hore ba be le temoho e le hore ba ka sebelisoa ke Jehova ho matlafatsa malapa a bona le batho ba bang ka phuthehong.—Tite 2:3-5. w19.10 23 ¶10
Moqebelo, la 16 October
Tsoang ho eena, sechaba sa ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae—Tšen. 18:4.
Bakreste bohle ba ’nete ba lokela ho etsa bonnete ba hore ha ba itsoakanye le bolumeli ba bohata ka tsela leha e le efe. Pele motho a qala ho ithuta Bibele, ho ka ’na ha etsahala hore ebe e ne e le setho sa bolumeli ba bohata. E ka ’na eaba o ne a ea litšebeletsong tsa kereke le ho nka karolo linthong tse neng li etsoa kerekeng. Kapa mohlomong o ne a ntša koleke. Motho ea ntseng a ithuta Bibele o lokela ho tsoa ka ho feletseng bolumeling ba bohata pele e e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. O lokela ho ngola lengolo le eang kerekeng ea hae kapa mokhatlong leha e le ofe oa bolumeli ba bohata oo a neng a le ho oona, le bontšang hore oa itokolla. Bakreste ba ’nete ba lokela ho etsa bonnete ba hore mesebetsi ea bona ha e amane le bolumeli ba bohata. (2 Bakor. 6:14-17) Ke hobane’ng ha re lokela ho ema re tiile tabeng ee? Hobane ha re batle ho nka karolo lithutong le mekhoeng e fosahetseng ea bolumeli ba bohata eo Molimo a itseng ha ea hloeka.—Esa. 52:11. w19.10 12 ¶16-17
Sontaha, la 17 October
Jehova o mohau ’me o mosa . . . [Ha] a lule a halefile ho isa nakong e sa lekanyetsoang.—Pes. 103:8, 9.
Jeremia o ngotse buka ea Bibele e rehelletsoeng ka eena ’me ho ka etsahala hore ebe o ngotse le Marena a pele le a bobeli. Ha a ntse a ngola libuka tsena, o ile a bona kamoo Jehova a leng mohau kateng ha a sebetsana le batho ba sa phethahalang. Mohlala, ka mor’a hore Morena Akabe a bakele libe tsa hae, Jeremia o ile a tseba hore Jehova o ile a re Akabe a ke ke a bona ha lelapa la hae le felisoa. (1 Mar. 21:27-29) Ka tsela e tšoanang, o ne a tseba hore Manase o ile a siteloa Jehova ho feta kamoo Akabe a ileng a siteloa Jehova kateng. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a tšoarela Manase hobane o ile a baka. (2 Mar. 21:16, 17; 2 Likron. 33:10-13) Litlaleho tseo li ile tsa thusa Jeremia hore a be le mamello joaloka Jehova hape a be mohau. A re boneng hore na Jeremia o ile a thusa Baruke joang ha ka nakoana a ne a qala ho ipatlela lintho tse kholo. Jeremia ha a ka a etsa qeto ea hore Baruke a ke ke a fetoha empa o ile a mo bolella molaetsa oa Jehova o mosa ebile o sa hlathe koana le koana.—Jer. 45:1-5. w19.11 6 ¶14-15
Mantaha, la 18 October
Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.—Baheb. 6:10.
Ka bukeng ea Levitike re ithuta hore Moiseraele o ne a ka etsa mahlabelo a kopanetsoeng e le “pontšo ea liteboho.” (Lev. 7:11-13, 16-18) O ne a etsa sehlabelo sena hobane a batla ho se etsa e seng hobane a tlamehile. Joaloka mahlabelo a kopanetsoeng, ho sebeletsa Jehova ka boithaopo ho bontša hore na re ikutloa joang ka eena. Re sebeletsa Jehova kahohle kamoo re ka khonang hobane re mo rata ka lipelo tsohle tsa rona. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha a bona batho ba limilione ba mo sebeletsa hobane ba mo rata haholo ebile ba rata le melao ea hae. Jehova ha a bone liketso tsa rona feela empa o boetse o bona le mabaka ao re etsang lintho ka ’ona. Mohlala, haeba u se u tsofetse ’me ha u sa khona ho sebetsa kamoo u lakatsang kateng, kholiseha hore Jehova o utloisisa maemo a hao hantle. Mohlomong ha u sa khona ho sebeletsa Jehova ka matla joaloka pele empa eena o bona lerato le tebileng le u susumetsang hore u etse sohle seo u ka se khonang. O thabela ho amohela eng kapa eng eo u ka khonang ho e etsa ka matla a hao ’ohle. w19.11 22 ¶9; 23 ¶11-12
Labobeli, la 19 October
Tloong . . . sebakeng se ka thoko ’me le phomole hanyenyane.—Mar. 6:31.
Ke ntho e ntle ho ba le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi. Jehova o ile a bululela Morena Solomone hore a re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa . . . taba e ’ngoe le e ’ngoe.” O ile a bua ka ho lema, ho haha, ho lla, ho tšeha, ho tantša le lintho tse ling. (Moek. 3:1-8) Lintho tse peli tsa bohlokoa bophelong ke ho sebetsa le ho phomola. Jesu o ne a khona ho tseba nako ea hae ea ho phomola le ho sebetsa. Ka mor’a hore baapostola ba hae ba sebetse ka thata mosebetsing oa boboleli. Ba ne ba phathahane hoo, ba ile ba khutla ba sa ka ba e-ba le “nako ea phomolo esita le ea ho ja lijo.” Jesu o ile a ba bolella mantsoe a temana ea kajeno. (Mar. 6:30-34) Le hoja e ne e se kamehla Jesu le balateli ba hae ba neng ba khona ho phomola, o ne a tseba hore ba lokela ho ba le nako ea ho phomola. Ka linako tse ling, re hloka ho phomola kapa ho fetola tsela eo re etsang lintho ka eona. Re khona ho bona taba ena ha re hlahloba tokisetso eo Jehova a ileng a e etsetsa Baiseraele ea hore ba be le Sabatha beke le beke. Le hoja re se tlas’a Molao oa Moshe, re ntse re ka ithuta thuto ea bohlokoa ka hore na o ne o reng ka taba ea Sabatha. w19.12 3 ¶6-7
Laboraro, la 20 October
Le se ke la tšoenyeha.—Mat. 6:31.
Jehova o tšepisitse bahlanka ba hae hore o tla ba hlokomela ’me o ikutloa a tlamehile hore a phethahatse tšepiso eo. (Pes. 31:1-3) O boetse oa tseba hore re tla utloa bohloko ha a ke ke a re hlokomela. Hape o tšepisitse ho re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang le ho re thusa ho ba le kamano e ntle le eena ’me ha ho na letho le ka mo sitisang hore a phethahatse tšepiso eo. (Mat. 6:30-33; 24:45) Hopola hore Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae. Re ka kholiseha hore o tla re thusa ha re e-na le mathata a lichelete. A re ke re hlahlobeng mohlala oa Bakreste ba mehleng ea Baapostola. Nakong eo phutheho e Jerusalema e hlorisoang batho ‘bohle ntle ho baapostola ba ile ba hasana.’ (Lik. 8:1) U nahana ka mor’a moo ho ile ha etsahala’ng? Ba ile ba e-ba le mathata a lichelete. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe Bakreste ba ile ba lahleheloa ke matlo a bona le likhoebo tsa bona. Ho ntse ho le joalo, Jehova ha a ka a ba lahla kapa ho na hore ebe ba ile ba felloa ke thabo. (Lik. 8:4; Baheb. 13:5, 6; Jak. 1:2, 3) Jehova o ile a tšehetsa Bakreste bao ba tšepahalang ’me le rona o tla re tšehetsa.—Pes. 37:18, 19. w20.01 17-18 ¶14-15
Labone, la 21 October
Jehova . . . o bona ea ikokobetsang.—Pes. 138:6.
Ha Davida a ne a sireletsa linku tsa ntate oa hae liphoofolong tse hlaha, o ile a hlokomela hore ke Jehova ea ileng a mo thusa hore a li hlole. O ile a boela a hlokomela hore o thusitsoe ke Jehova ha a hlola Goliathe oa sehanyata. (1 Sam. 17:37) A boela a hlokomela hore o sirelelitsoe ke Jehova hore a khone ho baleha Morena Saule ea mona. (Pes. 18, sehloohoana) Hoja ebe o ne a ikhohomosa, a ka be a ile a nahana hore o entse lintho tseo tsohle ka matla a hae. Empa kaha o ne a ikokobelitse, o ile a hlokomela hore o thusitsoe ke Jehova. Re ithuta’ng? Le rona re lokela ho etsa ho hong ha re kopile thuso ho Jehova. Re lokela ho hlokomela ha a re thusa le hore na o re thusa joang. Haeba re ikokobelitse, re tla utloisisa hore re ke ke ra khona ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka matla a rona le hore Jehova o re thusa ho etsa lintho tseo re sa khoneng ho li etsa. Hape nako le nako ha re bona Jehova a re thusa, setsoalle sa rona le eena se tla tiea le ho feta. w19.12 20 ¶18-19
Labohlano, la 22 October
Jehova o khalemela eo a mo ratang, feela joalokaha ntate a khalemela mora ea mo khahlisang.—Liprov. 3:12.
Re na le mabaka a mangata a etsang hore re lumele hore Jehova o re nka re le batho ba bohlokoa. O re thusitse hore re mo tsebe hape o ile a ela hloko hore na re ile ra itšoara joang ha re ne re rutoa ka eena. (Joh. 6:44) Ha re ntse re matlafatsa kamano ea rona le eena o ile a atamela haufi le rona le ho feta. (Jak. 4:8) O boetse o qeta nako le matla a hae ho re ruta e leng ntho e re tiisetsang hore re ba bohlokoa ho eena. Oa tseba hore na re batho ba mofuta ofe le hore na re ka etsa’ng e le hore re ntlafatse. Hape oa re khalemela hobane oa re rata. Kannete bona ke bopaki bo totobetseng ba hore Jehova o re nka re le batho ba bohlokoa! Batho ba bang ba ne ba nka Morena Davida e le motho ea se nang thuso empa o ne a tseba hore Jehova oa mo rata ebile o mo tšehelitse. Kaha Davida o ne a tseba taba ena, e ile ea mo thusa hore a mamelle mathata a hae a e-na le maikutlo a nepahetseng. (2 Sam. 16:5-7) Nakong eo re ikutloang re tšoenyehile kapa re tobane le mathata, Jehova a ka re thusa hore re bone lintho ka tsela e fapaneng. Hape a ka re thusa hore re hlole mathata ’ohle ao re tobanang le ’ona. (Bala Pesaleme ea 18:27-29.) Ha Jehova a e-na le rona, ha ho na letho le ka re thibelang ho tsoela pele ho mo sebeletsa re thabile.—Bar. 8:31. w20.01 15 ¶7-8
Moqebelo, la 23 October
Le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.—Mat. 28:20.
Qala thuto ka thapelo ha o khanna thuto ea lehae ea Bibele. Hangata, u hloka hore u qale thuto ka thapelo kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a ho lumellana hore le tl’o ithuta. Re lokela ho thusa batho bao re ithutang le bona ho hlokomela hore re ka utloisisa Lentsoe la Molimo ka thuso ea moea o halalelang feela. Batho ba bang ba hlalosetsa lithuto tsa bona hore na ke hobane’ng ha ba rapela ka hore ba bale Lengolo la Jakobo 1:5 le reng: “Haeba mang kapa mang oa lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a kope Molimo.” Ka mor’a moo ba botsa lithuto tsa bona hore na li nahana hore li ka kopa Molimo hore a li fe bohlale joang. Ka mor’a moo, seithuti se ka ’na sa lumela hore le rapele. Ruta seithuti sa hao hore na se lokela ho rapela joang. Se hlalosetse hore Jehova o batla ho utloa lithapelo tsa sona tse tsoang botebong ba pelo. Hape se bolelle hore ha re rapela boinotšing, re ka bolella Jehova hore na re ikutloa joang ’me re mo bolella le lintho tseo re ke keng ra khona ho li bolella batho ba bang. Hopola hore Jehova o se a ntse a tseba hore na re nahana’ng le hore na re ikutloa joang.—Pes. 139:2-4. w20.01 2 ¶3; 5 ¶11-12
Sontaha, la 24 October
Ha hoa itšetleha ka ea lakatsang kapa ea mathang, empa ho itšetlehile ka Molimo.—Bar. 9:16.
Jehova ke eena ea etsang qeto ea hore na o tla khetha batlotsuoa neng. (Bar. 8:28-30) Jehova o ile a qala ho khetha batlotsuoa ka mor’a hore Jesu a tsosoe. Ho bonahala eka mehleng ea baapostola, Bakreste bohle ba ’nete e ne e le batlotsuoa. Lilemo tse ngata ka mor’a moo, boholo ba batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ne ba hlile ba sa latele Kreste. Ho ntse ho le joalo, ka nako eo Jehova o ile a tlotsa ba fokolang bao e neng e le Bakreste ba ’nete. Ba ne ba tšoana le koro eo Jesu a ileng a re e tla hola le mofoka. (Mat. 13:24-30) Matsatsing a ho qetela, Jehova o ’nile a tsoela pele ho khetha batho bao e neng e tla ba karolo ea ba 144,000. Kahoo, haeba a etsa qeto ea ho khetha ba bang nakoana feela pele ho bofelo, ha rea lokela ho belaella qeto eo. (Bar. 9:11) Re lokela ho ela hloko hore re se ke ra itšoara joaloka basebetsi bao Jesu a ileng a bua ka bona ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae. Ba ile ba korotlela mong’a bona ka lebaka la tsela eo a ileng a tšoara basebetsi ba qalileng mosebetsi ha nako e se e ntse e tl’o chaea.—Mat. 20:8-15. w20.01 30 ¶14
Mantaha, la 25 October
Bahlanka ba ka ba tla hoeletsa ka thabo.—Esa. 65:14.
Jehova o batla hore lelapa la hae le thabe. Re na le mabaka a mangata a hore re thabe hona joale esita le haeba re e-na le mathata. Mohlala, rea tseba hore Ntate oa rona Jehova o re rata haholo. Re tseba Lentsoe la Molimo Bibele ka tsela e nepahetseng. (Jer. 15:16) Re karolo ea lelapa le ikhethang la batho ba ratang Jehova, ba ratang melao ea hae ea boitšoaro le ba ratanang. (Pes. 106:4, 5) Re tla lula re thabile kamehla hobane rea tseba hore bophelo bo tla ntlafala nakong e tlang. Rea tseba hore haufinyane Jehova o tla felisa bokhopo bohle bo teng lefatšeng ’me a sebelise ’Muso oa hae ho etsa lefatše Paradeise. Re boetse re na le tšepo ea hore bafu ba tla tsoha ebe ba kopana le baratuoa ba bona. (Joh. 5:28, 29) Ruri e tla ba ntho e hlollang! Empa ntho e ka sehloohong eo re kholisehileng ka eona ke hore, haufinyane batho bohle e bang ke ba il’o phela leholimong kapa mona lefatšeng, ba tla hlompha Ntate oa rona, ba mo rorise ba be ba mo sebeletse ka tsela eo a e batlang. w20.02 13 ¶15-16
Labobeli, la 26 October
Ke sitetsoe uena, uena u le mong. Ke entse se sebe.—Pes. 51:4.
Haeba u entse sebe se tebileng, u se ke oa leka ho pata phoso eo. Ho e-na le hoo, rapela Jehova u mo hlalosetse hore na u entse’ng. Ka mor’a moo, u tla utloa u na le khotso hape u ke ke oa hlola u ikutloa u le molato. Empa haeba u batla ho ba motsoalle oa Jehova hape, u lokela ho etsa ho hong ho feta ho rapela feela. U lokela ho amohela khalemelo. Ha Jehova a ne a romme moprofeta Nathane hore a il’o bolella Morena Davida ka sebe sa hae le Bathe-sheba, Davida ha a ka a itokafatsa kapa a leka ho bebofatsa sebe sa hae. Kapele-pele o ile a lumela hore o sitetsoe Bathe-sheba le monna oa hae empa habohlokoa le ho feta ke hore o sitetsoe Jehova. Davida o ile a amohela khalemelo e tsoang ho Jehova eaba Jehova oa mo tšoarela. (2 Sam. 12:10-14) Haeba re entse sebe se tebileng, re lokela hore re bue le batho bao Jehova a ba khethileng hore ba re lise. (Jak. 5:14, 15) Hape ha rea lokela ho ikemela. Ha re amohela khalemelo kapele ho sa tsotellehe hore na re e fuoa joang, re tla thaba hape re be le khotso. w20.02 24-25 ¶17-18
Laboraro, la 27 October
Banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba . . . ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: “Re tla tsamaea le lona, etsoe re utloile hore Molimo o na le lona”—Zak. 8:23.
“Banna ba leshome” ba emela batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Baa tseba hore Jehova o khethile sehlopha sa batlotsuoa se emeloang ke “monna oa Mojuda” ’me ba nka e le tlotla ho sebeletsa Jehova hammoho le bona. Le hoja ho ke ke ha khoneha ho tseba lebitso la motlotsuoa e mong le e mong ea phelang lefatšeng kajeno, ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba ka khona ho “tsamaea le” batlotsuoa. Joang? Re fumana karabo temaneng ea letsatsi ea kajeno. Hlokomela hore temana ena e bua ka Mojuda a le mong. Empa seemeli “lona” ha se bue ka motho a le mong. Sena se bolela hore Mojuda enoa, ha se motho a le mong empa o emela sehlopha sohle sa batlotsuoa. Bakreste bao e seng batlotsuoa ba sebeletsa Jehova hammoho le Bakreste ba tlotsitsoeng. Leha ho le joalo, ha ba nke batlotsuoa e le baeta-pele ba bona kaha baa utloisisa hore Jesu ke eena moeta-pele oa bona.—Mat. 23:10. w20.01 26 ¶1-2
Labone, la 28 October
Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lona.—Joh. 13:35.
Jesu o ile a re ho tla ba bonolo hore batho bohle ba bone balateli ba hae haeba ba ratana ka tsela eo a ba ratileng ka eona. Taba eo e ne e le ’nete mehleng ea baapostola ’me ho ntse ho le joalo le mehleng ena. Ke kahoo ho leng bohlokoa hore re tsoele pele re rata batho ba bang le maemong a thata. Ipotse: ‘Nka ithuta’ng ho Bakreste-’moho le ’na ba ileng ba tsoela pele ho rata batho ba bang le hoja ho ne ho le thata ho etsa joalo?’ Kaha ha rea phethahala, ha ho bonolo hore re rate batho ba bang ho tsoa pelong. Empa leha ho le joalo, re lokela ho etsisa Jesu. Jesu o re rutile hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho bopa khotso le Mokreste-’moho le rona eo re sa utloaneng le eena. (Mat. 5:23, 24) O ile a toboketsa taba ena ea hore re lokela ho utloana le batho ba bang haeba re batla ho khahlisa Molimo. Jehova o nyakalla haholo haeba re etsa sohle se matleng a rona hore re be le khotso le bara le barali babo rona. A ke ke a amohela borapeli ba rona haeba re jara batho ba bang ka pelo ebile re hana ho bopa khotso le bona.—1 Joh. 4:20. w20.03 24 ¶1-4
Labohlano, la 29 October
Re [elelloa] polelo e bululetsoeng ea ’nete le polelo e bululetsoeng ea phoso.—1 Joh. 4:6.
Kaha Satane “ke ntate oa leshano,” haesale a thetsa batho ho tloha mehleng ea Adama le Eva. (Joh. 8:44) O ’nile a ruta batho mashano mabapi le hore na ho etsahala’ng ha motho a e-shoa. Meetlo e mengata e tsoa hona mashanong ana ao Satane a ileng a a bua ka bafu. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba khotsoe mashano aa? Taba ea hore Satane oa tseba hore na re ikutloa joang ka ho shoa, e etsa hore ho be bonolo hore a re thetse. Kaha re bopiloe re e-na le takatso ea ho phela ka ho sa feleng, ha re batle ho shoa. (Moek. 3:11) Re nka lefu e le sera ho rona. (1 Bakor. 15:26) ’Nete mabapi le lefu e ’nile ea hlahella ho sa tsotellehe hore na Satane o qapile mashano a mangata hakae. Ha e le hantle, ho na le batho ba bangata ba tsebang hore na Bibele e re’ng ka bafu le ka tšepo eo re nang le eona ka bona, kahoo ba thusa batho ba bang hore ba tsebe litaba tsena. (Moek. 9:5, 10; Lik. 24:15) Ho tseba hore na ha e le hantle ho etsahala’ng ka bafu, ho re thusa hore re se ke ra ba tšaba kapa hona ho ngongoreha ka hore na ba il’o fella hokae. w19.04 14 ¶1; 15 ¶5-6
Moqebelo, la 30 October
Tsoelang pele ho jarelana meroalo, kahoo le phethahatse molao oa Kreste.—Bagal. 6:2.
Jehova Molimo o rata barapeli ba hae. Haesale a ba rata ’me re kholisehile hore o tla lula a ba rata. O boetse o rata toka. (Pes. 33:5) Kahoo, re ka kholiseha ka lintho tse peli tse latelang: (1) Jehova o utloa bohloko ha bahlanka ba hae ba tšoaroa ka leeme. (2) O tla etsa bonnete ba hore toka ea phethoa. Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele ka Moshe, o ne o thehiloe holim’a lerato. O ne o khothaletsa batho bohle hore ba tšoare batho ba bang ka toka, haholo-holo ba se nang mang oe! (Deut. 10:18) Molao oo o re thusa ho bona hore Jehova o rata barapeli ba hae. Molao oa Moshe o ile oa felloa ke nako selemong sa 33 mehleng ea baapostola, ha ho ne ho thehoa phutheho ea Bokreste. Na Bakreste ba ne ba tla phela ntle ho thuso ea molao o lerato le o buellang toka? Ba ne ba ke ke ba khona! Bakreste ba ile ba fuoa molao o mocha e leng “molao oa Kreste.” Jesu ha aa ka fa balateli ba hae letoto la melao e mengata, empa o ile a ba fa litaelo le melao-motheo e ka ba tataisang. “Molao oa Kreste” o akareletsa lintho tsohle tseo Jesu a ileng a li ruta balateli ba hae. w19.05 2 ¶1-3
Sontaha, la 31 October
Molimo oa matšeliso ’ohle ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rona.—2 Bakor. 1:3, 4.
Batho bohle ba hloka ho tšelisoa hape ba na le bokhoni ba ho tšelisa ba bang. Mohlala, haeba ngoana a ntse a bapala e-ba ka tšohanyetso oa oela ’me o khumuha lengoleng o ea ho ’Mè kapa Ntate oa hae a ntse a lla. Batsoali ba ke ke ba khona ho folisa leqeba la ngoana empa ba ka khona ho mo tholisa. Ba ka botsa ngoana hore na ho etsahetse’ng, ba mo hlakola meokho, ba mo sika, mohlomong ba mo tlotsa ka moriana kapa ho mo tlamisa. Ka mor’a nako e sa feliseng pelo, ngoana a ka khaotsa ho lla eaba o tsoela pele ho bapala. Ha nako e ntse e-ea, leqeba leo lea fola. Leha ho le joalo, ka linako tse ling bana ba utloa bohloko bo fetang boo. Ba bang ba hlekefetsoa ka motabo. Ngoana a ka hlekefetsoa hanngoe kapa ka makhetlo a mangata. Ho sa tsotellehe hore na o hlekefelitsoe ka makhetlo a makae, ntho eo ha e tlohe kelellong ea hae. Maemong a mang, motho ea hlekefelitseng oa tšoaroa a be a ahloloe. Ka linako tse ling, ho ka bonahala eka motho ea hlekefelitseng ha a fuoa kotlo ho hang. Empa le haeba toka e ka phethoa eaba motho ea hlekefelitseng o fuoa kotlo hang-hang, ntho eo a e entseng e ka lula e le teng kelellong ea ngoana esita leha a se a le moholo. w19.05 14 ¶1-2