November
Mantaha, la 1 November
Le nka hore ba bang ba le phahametse.—Bafil. 2:3.
Mehleng ena, batho bao ho nkoang ba rutehile ba re Bibele ha e na thuso. Ba re haeba u nka hore batho ba bang ba u phahametse, ba tla u khella fatše ba be ba nke monyetla ka uena. Empa ke liphello life tse ba teng ka lebaka la tšusumetso e mpe ea lefatše la Satane? Na batho ba inahanang bobona ba thabile? Na malapa a bona a thabile? Na ba na le metsoalle ea ’nete? Na ba na le kamano e haufi le Molimo? Ho ea kamoo u bonang kateng, na u ka re ho molemo ho phela ho latela bohlale ba lefatše lee kapa ho latela bohlale bo tsoang ka Lentsoeng la Molimo? (1 Bakor. 3:19) Batho ba tataisoang ke batho bao ho nkoang ba rutehile ba tšoana le mohahlauli ea botsang mohahlauli e mong hore na ba lokela ho nka tsela efe empa ba lahlehile ba le babeli. Ha Jesu a bua ka banna bao ho neng ho nkoa ba le “bohlale” o ile a re: “Ke batataisi ba foufetseng. Joale, haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobeli li tla oela ka sekoting.” (Mat. 15:14) Kannete bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo. w19.05 24-25 ¶14-16
Labobeli, la 2 November
A tla bokella bakhethoa ba hae.—Mat. 24:31.
Morao tjena, palo ea batho ba jang litšoantšetso tsa Sehopotso e ’nile ea eketseha. Na see se lokela ho re tšoenya? Che. “Jehova o tseba ba hae.” (2 Tim. 2:19) Barab’abo rona ba balang palo ea batho ba jang litšoantšetso tsa Sehopotso, ha ba tsebe hore na ke bo-mang bao ehlileng ba tlotsitsoeng empa Jehova eena oa ba tseba. Ka lebaka leo, palo eo e kenyelelitse le ea batho ba nahanang hore ba tlotsitsoe empa ba sa tlotsoa. Ka mohlala, batho ba bang ba neng ba ja litšoantšetso, hamorao ba ile ba khaotsa ho li ja. Ba bang e ka ’na eaba ba na le mathata a kelello a etsang hore ba nahane hore ba tla busa le Kreste leholimong. Ho hlakile hore ha re tsebe hantle hore na ke batlotsuoa ba bakae ba setseng lefatšeng. Ho tla be ho na le batlotsuoa likarolong tse ngata tsa lefatše ha Jesu a tl’o ba nkela leholimong. Bibele e re matsatsing a ho qetela ho tla be ho na le palo e fokolang ea batlotsuoa ba setseng lefatšeng. (Tšen. 12:17) Empa ha e hlalose hore na e tla be e le ba bakae ba tla be ba setse lefatšeng ha matšoenyeho a maholo a qala. w20.01 29-30 ¶11-13
Laboraro, la 3 November
Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.—Joh. 3:16.
Jesu o ile a bontša kamoo Jehova e leng ntate ea ratang bana ba hae kateng ha a ne a pheta pale ea mora ea lehlasoa. (Luka 15:11-32) Ha ho mohla ntate oa mora ea lehlasoa a ileng a felloa ke tšepo ea hore mora oa hae o tla khutla. O ile a amohela mora oa hae ka liatla tse peli ha a khutlela hae. Haeba re kile ra khaotsa ho sebeletsa Jehova empa ra baka, re ka kholiseha hore Ntate oa rona o ikemiselitse ho re amohela. Ntate oa rona o tla lokisa tšenyo eohle e bakiloeng ke Adama. Ka mor’a hore Adama a fetohele Jehova, Jehova o ile a khetha ba 144 000 ho moloko oa batho hore ba il’o busa le Mora oa hae e le marena le baprista leholimong. Lefatšeng le lecha, Jesu le babusi-’moho le eena ba tla thusa batho ba mamelang Jehova hore ba phethahale. Ka mor’a teko ea ho qetela ea ho mamela, Molimo o tla ba fa bophelo bo sa feleng. Ntate oa rona o tla thabela ho bona lefatše le tletse ka bara le barali ba hae ba phethahetseng. Nako eo e tla ba e monate ka ho fetisisa! w20.02 6-7 ¶17-19
Labone, la 4 November
Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lona.—Baef. 4:23.
Kaofela re lokela ho ipotsa, ‘Na liphetoho tseo ke li etsang e le hore ke be Mokreste ke tse bonahalang ho batho feela, kapa na ehlile ke tebisa kepi?’ Hore na re arabela potso eo joang ke taba ea bohlokoa haholo. Ho Matheu 12: 43-45 Jesu o ile a totobatsa hore na re lokela ho etsa’ng. Mantsoe a litemaneng tseo a re ruta thuto ea bohlokoa ea hore: Ha hoa lekana hore feela re hlakole menahano e mebe ka likelellong, empa re lokela ho koala sekheo seo ka ho kenya e nepahetseng. Na ho ka khoneha hore re fetole likelello tsa rona? Lentsoe la Molimo le re: “Le apare botho bo bocha bo ileng ba boptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baef. 4: 24) Kahoo, ho ka khoneha hore re fetole likelello tsa rona, empa ha ho bonolo. Re lokela ho hanela menahano e fosahetseng, re be re khaotse ho etsa lintho tseo Molimo a sa li rateng. Re lokela ho fetola ‘matla a susumetsang likelello tsa rona.’ Taba eo e akareletsa ho fetola lintho tseo re li ratang, tseo re li tloaetseng le mabaka a re susumetsang ho li etsa. Ho etsa joalo ha se ntho ea letsatsi le le leng feela. w19.06 9-10 ¶6-7
Labohlano, la 5 November
Re tlil’o felisa sebaka sena.—Gen. 19:13.
Jehova o ile a utloela Lota bohloko ka hore a romele mangeloi ho ea mo pholosa eena le ba ntlo ea hae. Ho e-na le hoo, Lota o ile “a lieha.” Mangeloi a ile a tlameha ho ba tšoara ka matsoho e le hore ba tsoe motseng oo. (Gen. 19:15, 16) Ka mor’a moo, mangeloi ao a ile a ba bolella hore ba balehele lithabeng. Empa ho e-na le hore Lota a mamele Jehova, o ile a kopa hore a ee motseng o haufi. (Gen. 19:17-20) Jehova o ile a mamela Lota eaba o mo lumella hore a ee motseng oo a neng a batla ho ea ho oona. Hamorao, o ile a tšaba ho lula motseng oo eaba o kopa ho ea sebakeng se lithaba e leng hona moo Jehova a neng a itse a ee teng qalong. (Gen. 19:30) Jehova o ile a mamella Lota ka tsela e ikhethang. Joaloka Lota, ho ka etsahala hore Mokreste-’moho le rona a etse qeto e fosahetseng e ka ’nang ea mo bakela mathata. Haeba seo se etsahala, re tla etsa’ng? Re ka ’na ra lekeha ho mo joetsa ’nete ea hore o kotula seo a se jetseng. (Bagal. 6:7) Empa ha rea lokela ho etsa joalo. Ho ka ba molemo hore re mo thuse joalokaha Jehova a ile a thusa Lota. w19.06 20 -21 ¶3-5
Moqebelo, la 6 November
Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba.—Baheb. 13:6.
Ha bahanyetsi ba rona ba thibela mosebetsi oa rona, baa be ba nahanne hore re tla khaotsa ho sebeletsa Jehova. Ntle le ho thibela mosebetsi oa rona, ba ka hasa mashano ka rona, ba romela mapolesa ho ea batla bopaki malapeng a rona, ba re qobella hore re ee makhotleng kapa ba ise ba bang ba rona literonkong. Ka ho koalla ba bang ba rona, ba nahana hore re tla tšoha. Haeba re ka ba tšaba re ka iphumana re le monyebe tšebeletsong ea Jehova kapa ra khaotsa ho mo sebeletsa. Ha re batle ho tšoana le batho ba hlalositsoeng ho Levitike 26: 36, 37. Re ke ke ra lumella hore ho tšaba batho ho etse hore re khoehlise ho sebeletsa Jehova kapa re khaotse ka ho feletseng. Kaha re tšepile Jehova ka hohle-hohle, re ke ke ra tšosoa ke batho. (Esa. 28:16) Re kopa Jehova hore ebe eena ea re tataisang. Kaha Jehova o ka lehlakoreng la rona, re kholisehile hore ha ho na ’muso leha e le ofe o ka re thibelang ho mo sebeletsa ka botšepehi. Mahloriso a ka ’na a re thusa hore re ikemisetse le ho feta ho sebeletsa Jehova re sa tšabe batho. w19.07 9-10 ¶6-7
Sontaha, la 7 November
U bolele lentsoe.—2 Tim. 4:2.
Le ka mohla u se ke oa tela ho batla motho eo u ka ithutang Bibele le eena. Hopola hore Jesu o ile a tšoantša batho ba etsang barutuoa le batšoasi ba litlhapi. Batšoasi ba litlhapi ba ka ’na ba qeta lihora tse ngata ba e-s’o tšoase tlhapi leha e le ’ngoe. Hangata ba tšoasa litlhapi bosiu kapa esale ka meso, hape ka linako tse ling ba lokela ho tsamaea nako e telele. (Luka 5:5) Ka ho tšoanang, ka mamello bahoeletsi ba bang ba qeta lihora tse ngata ba ntse ba paka ka linako tse fapaneng le libakeng tse qaqolohaneng. Hobane’ng? E le hore ba khone ho kopana le batho ba bangata. Batho ba ikitlaetsang haholo ba atisa ho putsoa ka hore ba fumane batho bao ba ka ithutang Bibele le bona. Na u ka leka ho ea tšimong ka nako eo u ka fumanang batho ba bangata ka eona, kapa oa ea sebakeng seo ba leng ho sona? Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello ha re etsa batho barutuoa? Lebaka le leng ke hore re lokela ho ba thusa hore ba tsebe le ho rata seo Bibele e se rutang. Re boetse re lokela ho ba thusa hore ba tsebe le ho rata Mongoli oa Bibele, e leng Jehova. w19.07 18-19 ¶14-15
Mantaha, la 8 November
[Ke] lebala lintho tse ka morao.—Bafil. 3:13.
Ba bang ba rona e ka ’na eaba re ntse re ikutloa re sa tšoanelehe ka lebaka la libe tseo re li entseng nakong e fetileng. Haeba re ntse re ikutloa joalo, re khothaletsoa hore nakong eo re ithutang re le bang re ke re khethe ho ithuta ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo. Ha re ithuta ka sehlooho sena se khothatsang, re thuisa ka sona, re bile re rapela, se ka ’na sa re thusa hore re imolohe. Re ka ba ra khaotsa ho ikutloa re sa tšoanelehe ka lebaka la libe tseo Jehova a seng a re tšoaretse tsona. Ho na le ntho e ’ngoe hape eo re ka ithutang eona ho Pauluse. E ka ’na eaba ba bang ba tlohetse mesebetsi e hlamatsehang e le hore ba eketse nako ea bona tšebeletsong ea Jehova. Haeba ho joalo, na re ka lebala lintho tse ka morao ka hore re se ke ra lula re nahana ka lintho tseo re ka beng re e-na le tsona hoja ra se ke ra tlohela mosebetsi? (Num. 11:4-6; Moek. 7:10) “Lintho tse ka morao” li ka ’na tsa akareletsa lintho tseo re li finyeletseng tšebeletsong ea Jehova, kapa mathata ao re ileng ra khona ho a mamella nakong e fetileng. Ke ’nete hore ha re nahana ka lintho tseo Jehova a re thusitseng ka tsona nakong e fetileng, seo se ka etsa hore re mo rate le ho feta. Empa, ha re batle hore le ka mohla re ikutloe eka re se re entse ho lekana.—1 Bakor. 15:58. w19.08 3 ¶5-6
Labobeli, la 9 November
Rapelang le sa phetse.—1 Bathes. 5:17.
Re ka bua le Jehova ka thapelo neng le neng ha re hloka, ho sa tsotellehe hore na re hokae. Ha a phathahane hoo a sa khoneng ho re mamela empa o lula a le malala-a-laotsoe ho mamela lithapelo tsa rona. Ha re hlokomela hore Jehova o mamela lithapelo tsa rona, re tla mo rata le ho feta. Mopesaleme o ile a re: “Kea rata, hobane Jehova o utloa Lentsoe la ka, likopo tsa ka tse tiileng.” (Pes. 116:1) Ntate oa rona ha a mamele lithapelo tsa rona feela empa o boetse oa li araba. Moapostola Johanne o ile a re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” (1 Joh. 5:14, 15) Ke ’nete hore Jehova a ka ’na a se ke a arabela lithapelo tsa rona ka tsela eo re e lebeletseng. O tseba se molemo bakeng sa rona, kahoo ka linako tse ling o batla hore re eme ho se hokae kapa karabo ea hae e be che. (2 Bakor. 12:7-9) Jehova oa re hlokomela. O etsa lintho tsohle tseo a lebeletseng hore bo-ntate ba li etse. (1 Tim. 5:8) O fa bana ba hae lintho tsohle tseo ba li hlokang e le hore ba phele. Ha a batle hore re tšoenyehe ka lijo, liaparo le bolulo. (Mat. 6:32, 33; 7:11) ’Me kaha Jehova ke ntate ea lerato, o entse bonnete ba hore re tla ba le lintho tsohle tseo re li hlokang nakong e tlang. w20.02 5 ¶10-12
Laboraro, la 10 November
E tla ba mohlape o le mong, molisa a be mong.—Joh. 10:16.
Ha se bohle ba nang le tšepo ea ho ea phela leholimong bao e leng karolo ea “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) Joaloka mehleng ea baapostola, mehleng ena Jehova le Jesu ba sebelisa barab’abo rona ba fokolang ka palo ho fepa kapa ho ruta batho ba bangata. Ke Bakreste ba tlotsitsoeng ba seng bakae feela ba ileng ba sebelisoa ho ngola Mangolo a Segerike a Bakreste. Mehleng ena, ke Bakreste ba tlotsitsoeng ba fokolang ka palo ba nang le boikarabelo ba ho fa batho ba Molimo “lijo ka nako e tšoanetseng.” Jehova o entse qeto ea ho fa boholo ba bahlanka ba hae bophelo bo sa feleng lefatšeng le ho khetha ba seng bakae feela hore ba il’o busa le Jesu leholimong. Jehova o fa bahlanka bohle ba hae moputso, ebang ke “monna oa Mojuda” kapa “banna ba leshome” ’me o lebelletse hore ba mamele melao e tšoanang ’me ba lule ba tšepahala. (Zak. 8:23) Ba lokela ho ikokobetsa. ’Me ba lokela ho mo sebeletsa hammoho ba momahane. Hape ba lokela ho bopa khotso ka phuthehong. Ha bofelo bo ntse bo atamela, kaofela ha re tsoeleng pele re sebeletsa Jehova ’me re latela Kreste re le “mohlape o le mong.” w20.01 31 ¶15-16
Labone, la 11 November
Haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe . . . kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lona bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.—1 Pet. 3:1, 2.
Re ke ke ra qobella beng ka rona hore e be Lipaki empa re ka ba khothalletsa hore ba nahane ka molaetsa oa rona ’me ba o amohele. (2 Tim. 3:14, 15) E-ba mohlala o motle. Hangata, lintho tseo re li etsang li ama beng ka rona ho feta lintho tseo re li buang. Lula u leka ho ba thusa. Jehova o re behetse mohlala o motle tabeng ena. O lula a fa batho monyetla oa hore ba mamele molaetsa oa Bibele ’me ba fumane bophelo bo sa feleng. (Jer. 44:4) Moapostola Pauluse le eena o ile a re Timothea a se ke a tela ho thusa batho ba bang. Hobane’ng? Hobane ka ho etsa joalo, o ne a tla ipholosa a be a pholose le batho ba mo mamelang. (1 Tim. 4:16) Kaha re rata beng ka rona, re batla hore ba tsebe seo Bibele e se rutang. w19.08 14 ¶2; 16-17 ¶8-9
Labohlano, la 12 November
Khalemelo e senolehileng e molemo ho feta lerato le patehileng.—Liprov. 27:5.
Re lokela ho lula re hopola hore ha motho e mong a tla ho rona ho tla re fa keletso, e ka ’na eaba re entse phoso e kholo ho feta kamoo re neng re nahana kateng. Hangata ha re fuoa keletso, re na le tšekamelo ea ho ikemela. Re ka ’na ra nyatsa motho ea re fileng keletso kapa ra se ke ra khotsofalla tsela eo a buileng le rona ka eona. Empa haeba re ikokobelitse, re tla amohela keletso ka boikutlo bo botle. Motho ea ikokobelitseng o thabela ho fuoa keletso. Ka mohlala, a re re u li libokeng. Ka mor’a ho bua le Bakreste-’moho le uena ba seng bakae, e mong oa bona o u nkela ka thoko ’me o re ho uena u na le lipapa menong. Ha ho potang hore u ne u tla ikutloa u le mosesaane. Empa na u ne u ke ke oa thaba hore ebe o u lemositse ka taba eo? Ho bua ’nete, u ne u tla lakatsa eka motho e mong a ka be a u boleletse esale pele. Ka tsela e tšoanang, re lokela hore ka boikokobetso re ananele ha mora kapa morali’abo rona a re fa keletso eo re e hlokang. ’Me re lokela ho nka motho eo e le motsoalle oa rona eseng sera sa rona.—Liprov. 27:6; Bagal. 4:16. w19.09 5 ¶11-12
Moqebelo, la 13 November
Uena mora oa ka, u boloke taelo ea ntat’ao, ’me u se ke oa furalla molao oa ’m’ao.—Liprov. 6:20.
Jehova o file bo-’mè boikarabelo ba bohlokoa ka lapeng, hape o boetse o ba file matla a itseng ho bana ba bona. Lintho tseo bo-’mè ba li buang kapa ba li etsang li ka susumetsa tsela eo bana ba bona ba etsang lintho ka eona bophelo bohle ba bona. (Liprov. 22:6) Ha re hlahlobeng hore na bo-’mè ba ka ithuta’ng ho Maria ’mè oa Jesu. Maria o ne a tseba Mangolo hantle. O ne a hlompha Jehova haholo ebile e le motsoalle oa hae ea haufi. O ile a ikemisetsa ho mamela tataiso ea Jehova ho sa tsotellehe hore na bophelo ba hae bo ne bo tl’o fetoha hakae. (Luka 1:35-38, 46-55) Bo-’mè, ho na le lintho tse ngata tseo le ka etsisang Maria ka tsona. Le ka mo etsisa joang? Ntlha ea pele ke hore le matlafatse setsoalle sa lona le Jehova ka ho ithuta Bibele le ho rapela le le bang. Ea bobeli, le ikemisetse ho etsa liphetoho bophelong ba lona e le hore le khahlise Jehova.w19.09 18 ¶17-19
Sontaha, la 14 November
Bonang! bongata bo boholo.—Tšen. 7:9.
Johanne o ile a bona pono e thabisang ka bokamoso. Ponong eo, mangeloi a mang a ile a bolelloa hore a tšoare meea ea lefatše ea matšoenyeho a maholo ho fihlela ha sehlopha sa makhoba a Molimo se fuoa tiiso. (Tšen. 7:1-3) Sehlopha seo se entsoe ka batho ba 144 000 ba il’o busa le Jesu leholimong. (Luka 12:32; Tšen. 7:4) Ka mor’a moo, Johanne o bua ka sehlopha se seng se seholo seo e ileng ea re ha a se bona a re, “Bonang!” e leng se bontšang hore o ne a makalitsoe ke ntho eo a qetang ho e bona. O ile a bona’ng? “Bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle, bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.” (Tšen. 7:9-14) U nahana hore Johanne o ile a ikutloa joang ha a bona hore nakong e tlang ho na le batho ba bangata ba tla rapela Molimo ka tsela e nepahetseng? Ha ho potang hore pono eo e ile ea matlafatsa tumelo ea Johanne haholo. Empa rona e lokela ho matlafatsa tumelo ea rona le ho feta hobane re phela matsatsing ao e phethahalang ka ’ona. Mehleng ena, batho ba bangata ba se ba qalile ho sebeletsa Jehova ’me ba na le tšepo ea ho pholoha matšoenyeho a maholo le ho tl’o phela lefatšeng ka ho sa feleng. w19.09 26 ¶2-3
Mantaha, la 15 November
Timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang . . . ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.—1 Bathes. 5:3.
A re re mohlomong baeta-pele ba lefatše ba sa tsoa etsa mohoo oa “khotso le tšireletseho.” Ba ka ’na ba ikotla sefuba ka hore ba entse hore lefatše le be le khotso. Baeta-pele bao ba tla etsa hore re nahane hore ba rarollotse mathata ’ohle a batho. Empa ba ke ke ba khona ho thibela se tla etsahala ka mor’a moo. “Babylona e Moholo” o tla felisoa! (Tšen. 17:5, 15-18) Jehova ‘o tla kenya ka lipelong tsa bona hore ba phethe monahano oa hae.’ Monahano oo ke ofe? Ke oa ho felisa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ho akareletsa le malumeli a ipitsang ka hore ke a Bokreste. Molimo o tla kenya monahano oa hae ka har’a lipelo tsa “linaka tse leshome” tsa “sebata se ’mala o sekareleta.” Linaka tse leshome li emela mebuso ea lipolotiki e tšehetsang “sebata” e leng mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. (Tšen. 17:3, 11-13; 18:8) Ha mebuso eo ea lipolotiki e hlasela bolumeli ba bohata, hoo ho tla be ho bontša hore matšoenyeho a maholo a qalile. E tla ba ketsahalo ea hang-hang e tla tšosa motho e mong le e mong. w19.10 14 ¶1, 3
Labobeli, la 16 November
Diotrefe, ea ratang ho ba le sebaka sa pele har’a bona, ha a amohele letho le tsoang ho rona ka tlhompho.—3 Joh. 9.
Mehleng ea baapostola, Diotrefe o ne a monela batho ba neng ba etella pele ka phuthehong. O ne a batla ho hlahella har’a Bakreste-’moho le eena, kahoo o ile a bua lintho tse mpe ka moapostola Johanne le ka banna ba bang ba etellang pele ka phuthehong le ho etsa hore ba se ke ba hlomphuoa. (3 Joh. 10) Le hoja re ke ke ra etsa ntho eo Diotrefe a ileng a e etsa, le rona re ka monela Mokreste-’moho le rona ea fuoeng boikarabelo bo itseng boo re neng re nahanne hore re ka bo fuoa, haholo-holo haeba re ka khona ho bo phetha ebile re nahana hore re ka bo etsa hantle ho mo feta. Mona o tšoana le lehola. Hang feela ha mona o mela ka metso lipelong tsa rona, ho ka ba thata hore re o hlaole. Lintho tse sa nepahalang joaloka mohono, boikhohomoso le ho ipatla, li ka etsa hore re monele batho ba bang le ho feta. Mona o ka bipetsa makhabane a kang lerato, kutloelo-bohloko le mosa. Hang feela ha re bona hore re se re qala ho ba mona, re lokela hore re o ntše ka metso lipelong tsa rona. w20.02 15 ¶6-7
Laboraro, la 17 November
Ke ile ka fuoa moutloa nameng.—2 Bakor. 12:7.
Moapostola Pauluse o ne a bua ka liteko tsa hae tse mo utloisang bohloko joaloka motsu oo. O ile a re mathata a hae a tšoana le ha “lengeloi la Satane” le ntse le mo jabela. Ho ka etsahala hore ebe ha se Satane le bademona ba hae ba baketseng Pauluse mathata ka ho toba ao e neng eka ke moutloa nameng. Empa ha meea eo e khopo e hlokomela “moutloa” o ho Pauluse, ho ka etsahala hore ebe e ne e utloa e batla ho o penyeletsa hore o kenelle hare e le hore Pauluse a utloe bohloko le ho feta. Pauluse o ile a etsa’ng? Qalong, Pauluse o ne a batla hore Jehova a mo hlomolle. O re: “Ke ile ka kopa Morena [Jehova] . . . ka makhetlo a mararo mabapi le sena e le hore o ka tloha ho ’na.” Ho sa tsotellehe lithapelo tsa Pauluse, Jehova ha a ka a mo hlomolla. Na taba ee e bolela hore Jehova ha a ka a araba lithapelo tsa Pauluse? Che, o ile a li araba. Jehova ha a ka a hlomolla Pauluse empa o ile a mo fa matla a hore a mamelle bohloko boo. Jehova o ile a re: “Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” (2 Bakor. 12:8, 9) Ka thuso ea Jehova, Pauluse o ile a lula a thabile hape a e-na le khotso.—Bafil. 4:4-7. w19.11 9 ¶4-5
Labone, la 18 November
Jehova ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.—Nah. 1:2.
Re lokela ho sebeletsa Jehova a le mong feela kaha ke ’Mopi oa rona hape ke eena ea re fileng bophelo. (Tšen. 4:11) Empa re lokela ho ba hlokolosi. Le hoja re rata Jehova ebile re mo hlompha, ho na le lintho tse ling bophelong tseo e ka bang tsa bohlokoa hoo li ka re sitisang ho mo sebeletsa a le mong feela. Ho ea ka Bibele, ho inehela ho Jehova ho akareletsa ho mo rata ka ho tebileng. Haeba re inehetse ka ho feletseng ho Jehova re tla rapela eena a le mong feela. Re ke ke ra lumella ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe ho re sitisa ho rata Jehova ka lipelo tsohle tsa rona. (Ex. 34:14) Re na le mabaka a ho rata Jehova. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane ho na le lintho tseo re ithutileng tsona ka eena. Re rata makhabane a hae. Rea tseba hore na Jehova o rata’ng le hore na ha a rate’ng ’me re ikutloa ka tsela e tšoanang. Re utloisisa morero oa hae ka batho ’me re phela tumellanong le thato ea hae. Re motlotlo hore ebe o re lumelletse hore re be metsoalle ea hae. (Pes. 25:14) Lintho tsohle tseo re ithutang tsona ka ’Mopi oa rona li etsa hore re atamele haufi le eena.—Jak. 4:8. w19.10 26 ¶1-3
Labohlano, la 19 November
Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.—Liprov. 17:17.
Mehleng ena, bara le barali babo rona ba thulana le mathata a sa tšoaneng. Mohlala, batho ba bangata ba angoa ke likoluoa tsa tlhaho le tse entsoeng ke batho. Maemong ana, ba bang ba rona re ka ’na ra amohela bara le barali babo rona ba anngoeng ke likoluoa tseo malapeng a rona. Ba bang ba rona re ka ba thusa ka lichelete. Empa kaofela ha rona re ka kopa Jehova hore a ba thuse. Re ka ’na ra se ke ra tseba hore na re re’ng kapa re etsa’ng ha re hlokomela hore Mokreste-’moho le rona o nyahame. Empa kaofela ha rona ho na le seo re ka se etsang. Mohlala, re ka qeta nako le motsoalle oa rona. Re ka mo mamela ka hloko ebile re le mosa ha a bua le rona. Hape re ka mo bolella lengolo la Bibele leo re le ratang le re khothatsang. (Esa. 50:4) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore u be teng ha metsoalle ea hao e u hloka. Re lokela ho ikemisetsa ho tiisa le ho matlafatsa setsoalle sa rona le bara le barali babo rona esale hona joale. Ha e le hantle, setsoalle sa rona ha se sa ho fela le tsamaiso ena empa ke sa ka ho sa feleng. w19.11 7 ¶18-19
Moqebelo, la 20 November
Ona ke molao oa sehlabelo se kopanetsoeng seo mang kapa mang a tla se hlahisa ho Jehova.—Lev. 7:11.
Sehlabelo seo e ne e le sa boithaopo, seo motho a neng a se etsa hobane a rata Jehova Molimo oa hae. Nama ea phoofolo e neng e entsoe sehlabelo e ne e jeoa ke mong’a eona, ba lelapa la hae le baprista. Empa hona le likarolo tse ling tsa phoofolo eo tse neng li fuoa Jehova feela. Ke life? Jehova o ne a nka mafura e le karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa nameng ea phoofolo. O ne a boetse a hlalositse likarolo tse ling tseo e leng tsa bohlokoa ’me liphio e ne e le tse ling tsa tsona. (Lev. 3:6, 12, 14-16) Kahoo, Jehova o ne a thaba haholo ha Moiseraele a ithaopela ho mo fa likarolo tseo tsa bohlokoa ho akarelletsa le mafura. Moiseraele ea neng a etsa sehlabelo sa mofuta ona o ne a bontša hore o batla ho fa Jehova lintho tse molemo ka ho fetisisa. Ka tsela e tšoanang, Jesu o ile a fa Jehova sohle seo a ka se khonang ka pelo eohle hobane a ne a mo rata. (Joh. 14:31) Jesu o ne a thabela ho etsa thato ea ntate oa hae. (Pes. 40:8) Jehova o ile a thaba haholo ha a bona Jesu a mo sebeletsa ka ho rata. w19.11 22-23 ¶9-10
Sontaha, la 21 November
Ka letsatsi la bosupa ke sabatha ea phomolo e feletseng. Ke ntho e halalelang ho Jehova.—Ex. 31:15.
Lentsoe la Molimo le re Jehova o ile a phomola ka mor’a “matsatsi” a tšeletseng a popo ka mor’a hore a bope lintho tse lefatšeng. (Gen. 2:2) Ho ntse ho le joalo, Jehova o rata ho sebetsa ’me “o ’nile a tsoela pele ho sebetsa.” (Joh. 5:17) Jehova o ile sebetsa “matsatsi” a tšeletseng eaba o phomola ka “letsatsi” la bosupa ’me a laela Baiseraele hore ba phomole ka letsatsi le leng le le leng la bosupa. O ile a re Sabatha ke pontšo pakeng tsa hae le Baiseraele. (Ex. 31:12-14) Ho ne ho se na motho ea lumeletsoeng ho sebetsa ho akareletsa bana, makhoba le liphoofolo tse ruiloeng. (Ex. 20:10) Sabatha e ne e fa batho monyetla oa hore ba sebeletse Jehova feela. Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba ile ba feteletsa lintho ’me ba etsa melao e thata ea hore na Sabatha e lokela ho tšoaroa joang. Ba ne ba re ho fosahetse hore motho a khe lijo-thollo kapa a phekole motho ea kulang ka Sabatha. (Mar. 2:23-27; 3:2-5) Empa oo e ne e se morero oa Jehova ’me Jesu o ile a hlakisetsa batho ba neng ba mo mamela taba eo hantle. w19.12 3-4 ¶8-9
Mantaha, la 22 November
Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.—Baef. 5:1.
Ha re ithuta ka makhabane a hae, re khona ho mo etsisa le ho feta. Kaha Davida o ne a tseba Jehova hantle, o ile a khona ho mo etsisa ha a sebelisana le batho ba bang. Kaha Davida o ne a e-na le kamano e ntle le Jehova, Baiseraele ba ne ba mo rata haholo hape Jehova o ile a mo sebelisa e le mohlala o motle ho marena a Iseraele. (1 Mar. 15:11; 2 Mar. 14:1-3) Re ithuta’ng? Re lokela ho ba “baetsisi ba Molimo.” Ha re etsisa Jehova, re bontša hantle hore re bana ba hae. (Baef. 4:24) Re ke ke ra khaotsa ho ithuta ka Jehova. (Moek. 3:11) Ntho ea bohlokoa ha se hore feela re ithute ka eena, empa ke hore na re etsa’ng ka tsebo eo re e fumaneng ha re qeta ho ithuta. Haeba re etsa lintho tseo re ithutileng tsona re bile re leka ho etsisa Ntate oa rona ea lerato, re tla tsoela pele ho atamela haufi le eena. (Jak. 4:8) A sebelisa Lentsoe la hae, oa re tiisetsa hore a ke ke a lahla ba batlang ho mo tseba hantle. w19.12 20 ¶20; 21 ¶21, 23
Labobeli, la 23 November
Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe.—Jer. 17:9.
Jakobo o ne a rata bara ba hae kaofela empa ka ho khetheha o ne a rata mora oa hae ea lilemo li 17 e leng Josefa. Taba ee e ile ea tšoara bo-abuti ba Josefa joang? Ba ile ba mo monela eaba ba qala ho mo hloea. Kahoo, ba ile ba rekisa Josefa hore e il’o ba lekhoba eaba ba thetsa ntate oa bona ka hore phoofolo e hlaha e bolaile mora eo oa hae ea mo ratang. Kaha ba ne ba le mona, ba ile ba etsa hore ho se ke ha e-ba le khotso lelapeng labo bona ’me ba utloisa le ntate oa bona bohloko haholo. (Gen. 37:3, 4, 27-34) Mona o hlaha tlas’a “mesebetsi ea nama” e ka etsang hore motho a se ke a rua ’Muso oa Molimo. (Bagal. 5:19-21) Lintho tse kang lehloeo, ho qabana le ho tlakoloha ka bohale, li tsoaloa ke mona. Mohlala oa baholoane ba Josefa oa bontša hore ho ba mona ho ka senya maqhama a batho a setsoalle, ho be ho senye khotso e neng e le teng. Le hoja re ke ke ra etsa ntho eo baholoane ba Josefa ba ileng ba e etsa, kaofela ha rona ha rea phethahala ebile re na le lipelo tse bolotsana. Ke kahoo ka linako tse ling re ka ’nang ra monela batho ba bang. w20.02 14 ¶1-3
Laboraro, la 24 November
Ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.—Bafil. 2:3.
Boemong bo bong, Jehova o ile a nka a mang a matla a moea o halalelang oo a neng a a file Moshe eaba oa fa sehlopha sa baholo ba Iseraele ba neng ba le teng tenteng ea pokano. Nakoana ka mor’a moo, Moshe o ile a utloela hore baholo ba bang ba babeli ba neng ba sa ea tenteng ea pokano le bona ba ile ba fuoa moea oa halalelang ’me ba qala ho itšoara joaloka baprofeta. Moshe o ile a etsa’ng ha Joshua a re a khalemele banna bao ba babeli? Moshe ha a ka a monela banna bao hore ebe Jehova o ba file moea o halalelang. Ho e-na le hoo, o ile a ikokobetsa a ba a thabela hore banna bao ba ne ba profeta. (Num. 11:24-29) Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Moshe? Haeba u moholo, na u kile oa kopuoa hore u koetlise mor’abo rona e mong hore a etse mosebetsi oo u o abetsoeng ebile u o rata? Haeba u ikokobelitse joaloka Moshe, u ke ke oa tšoha ha ho thoe u koetlise mor’abo rona e mong e le hore nakong e tlang a ka khona ho etsa mosebetsi oo hantle. Ho e-na le hoo, u tla thusa mor’abo rona eo ka pelo e tšoeu. w20.02 15 ¶9; 17 ¶10-11
Labone, la 25 November
Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.—Liprov. 12:25.
Ho kula ho ka ama maikutlo a rona. Re ka ’na ra ikutloa re le lihlong ha batho ba bang ba hlokomela hore ho na le ho phoso ka rona kapa ha re se re tlameha ho itšetleha ka batho ba bang e le hore ba re thuse. Esita le haeba batho ba bang ba sa tsebe hore rea kula, re ka ’na ra ikutloa re se na thuso hobane ho se ho e na le lintho tse ngata tseo re seng re sa khone ho li etsa. Le maemong ao a nyahamisang Jehova oa re khothatsa. Joang? Ka Bibeleng, Jehova o re boleletse lintho tse ngata tse ntle tse re hopotsang hore re batho ba bohlokoa ho eena esita le haeba re kula. (Pes. 31:19; 41:3) Jehova o tla sebelisa Lentsoe la hae le bululetsoeng ho re thusa hore re be le maikutlo a nepahetseng ha re kula. Kholiseha hore Jehova o tseba hantle hore na u ikutloa joang. Mo kope hore a u thuse e le hore u ka ba le maikutlo a nepahetseng ka boemo ba hao. Ka mor’a moo, u bale Bibele e le hore u fumane molaetsa o khothatsang o tsoang ho Jehova. Nahanisisa ka litemana tse bontšang hore na Jehova o nka bahlanka ba hae e le ba bohlokoa hakaakang ho eena. Ha u etsa joalo, u tla bona hore Jehova o mosa ho bohle ba mo sebeletsang ka botšepehi.—Pes. 84:11. w20.01 15-16 ¶9-10; 17 ¶12
Labohlano, la 26 November
E-ba moetsisi oa se molemo, eseng oa se sebe.—3 Joh. 11.
Isaka o ne a hafa ka nkatana, ka hona Bafilista ba ne ba mo shoela mona. (Gen. 26:12-14) Ba ile ba kiba liliba tseo Isaka a neng a noesa mehlape ea hae ho tsona. (Gen. 26:15, 16, 27) Joaloka Bafilista bao, batho ba bang mehleng ena ba monela batho ba ruileng ho ba feta. Ba khalla ho ba le lintho tseo batho ba bang ba nang le tsona hape ba batla ho ba nkela tsona. Baeta-pele ba Bajuda ba ne ba monela Jesu hobane batho ba bangata ba ne ba mo rata haholo. (Mat. 7:28, 29) Jesu e ne e le moemeli oa Molimo ’me o ne a ruta batho ’nete. Ho ntse ho le joalo, baeta-pele bao ba ile ba hasa mashano ka eena ba ba ba mo senya lebitso. (Mar. 15:10; Joh. 11:47, 48; 12:12, 13, 19) Re ka ithuta’ng tlalehong ee? Re lokela ho loana ka thata hore re se ke ra monela Bakreste-’moho le rona ba ratoang hobane ba e-na le makhabane. Ho e-na le hoo, re lokela ho leka ho ba etsisa.—1 Bakor. 11:1. w20.02 15 ¶4-5
Moqebelo, la 27 November
Ke hore a bolaoe.—Esth. 4:11.
A re re u phetse Persia lilemo tse ka bang 2 500 tse fetileng ’me u batla ho bua le morena ka taba e itseng. Empa pele u ka bua le eena, u lokela ho fumana tumello ea hae. Ha u ka leka ho bua le eena kantle ho tumello, u tla tjameloa ke lefu. Rea thaba hore ebe Jehova ha a tšoane le morena oa Persia. Re ka khona ho bua le eena nako leha e le efe. O batla hore re bue le eena ka bolokolohi. Ka mohlala, le hoja Jehova a na le li tlotla tse phahameng joaloka ’Mopi e Moholo, Ea Matla ’Ohle le ’Musi Morena, o batla hore re mo bitse ka tsela e tloaelehileng feela e leng, Ntate. (Mat. 6:9) Rea thaba hore ebe Jehova o batla re ikutloe re le haufi le eena. Ho loketse ho bitsa Jehova Ntate kaha ke eena ea re fileng bophelo. (Pes. 36:9) Kaha ke Ntate oa rona, re tlameha ho mo mamela. O tla re hlohonolofatsa haholo haeba re etsa lintho tseo a reng re li etse. (Baheb. 12:9) Litlhohonolofatso tseo li akarelletsa ho fumana bophelo bo sa feleng, e bang ke leholimong kapa lefatšeng. w20.02 2 ¶1-3
Sontaha, la 28 November
Le etse . . . . Barutuoa.—Mat. 28:19.
Ntho e ka sehloohong eo re batlang ho e etsa ke ho thusa lithuto tsa rona hore li rate Molimo. (Baef. 4:13) Ka linako tse ling, batho ba bang ba lumela ho ithuta Bibele le rona hobane ba amehile ka hore na thuto eo e tla ba tsoela molemo joang. Empa ha lerato la hae ho Jehova le ntse le hola, a ka ’na a nahana ka hore na a ka thusa batho ba bang joang ho akareletsa le bao e seng e ntse e le karolo ea phutheho. (Mat. 22:37-39) Haeba maemo a lumela, u se ke oa ba lesisitheho ho bolella thuto ea hao hore re na le monyetla oa ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli ka chelete. Ruta thuto ea hao hore na e lokela ho etsa’ng ha e e-na le mathata. Mohlala, a re re thuto ea hao e sa kolobetsoang ea u bolella hore ho na le motho ea e utloisitseng bohloko ka phuthehong. Ho e-na le hore u nke lehlakore, e hlalosetse hore na Bibele e re e lokela ho etsa’ng. E ka tšoarela mor’abo rona eo ea e utloisitseng bohloko kapa e ka khetha ho bua le eena ka tsela e lerato le e mosa e le hore e mo rue. (Bapisa Matheu 18:15.) U ka thusa thuto ea hao ka hore na e tla re’ng. w20.01 5-6 ¶14-15
Mantaha, la 29 November
Qetellong ka bolela sebe sa ka ho uena, ’me phoso ea ka ha kea ka ka e koahela. . . . Ua tšoarela phoso ea libe tsa ka.—Pes. 32:5.
Re bontša hore rea ananela ha Jehova a re tšoaretse, ka ho re re mo rapele, re amohele khalemelo re be re sebetse ka thata hore re qobe ho pheta liphoso tse tšoanang. Ha re etsa lintho tsena, re tla lula re e-na le khotso. Ke ntho e khothatsang kannete ho tseba hore “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng” le ho re “o pholosa ba sithabetseng moeeng.” (Pes. 34:18.) Kaha joale re se re le haufi haholo le bofelo, lintho tse re tšoenyang li ka ’na tsa eketseha ho feta leha e le neng pele. Ha u ikutloa u tšoenyehile, u se ke oa ba lesisitheho ho kopa Jehova hore a u thuse. Etsa hore ho ithuta Bibele ho u tsoele molemo. Ithute mohlaleng oa Anna, moapostola Pauluse le Morena Davida. Kopa Jehova hore a u thuse ho tseba hore na ke’ng ntho e u bakelang matšoenyeho. (Pes. 139:23) Lahlela matšoenyeho a hao ho eena, haholo-holo ao u se nang matla holim’a ’ona. Haeba u etsa joalo, u tla tšoana le mopesaleme ea ileng a re ho Jehova: “Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.”—Pes. 94:19. w20.02 24 ¶17; 25 ¶20-21
Labobeli, la 30 November
Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.—2 Tim. 3:16.
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “le bululetsoe ke Molimo” le bolela “le hemetsoe ke Molimo.” Molimo o ile a sebelisa moea oa hae ho “hemela” maikutlo a hae ka likelellong tsa bangoli ba Bibele. Ha re bala Bibele le ho thuisa ka lintho tseo re li balang, melao ea Molimo e kena ka likelellong le lipelong tsa rona. Menahano eo e bululetsoeng e ka etsa hore re fetole bophelo ba rona e le hore re khahlise Jehova. (Baheb. 4:12) E le hore moea o halalelang o re thuse kahohle-hohle, re lokela ho ipha nako ea ho ithuta Bibele letsatsi le letsatsi le ho nahanisisa ka lintho tseo re li balileng. Ka tsela eo, Lentsoe la Molimo le tla re tataisa linthong tseo re li etsang le tseo re li buang. Hape, re lokela ho sebeletsa Jehova hammoho. (Pes. 22:22) Moea oa Jehova o teng libokeng. (Tšen. 2:29) Ha re le libokeng re rapella moea o halalelang, re bina lipina tse thehiloeng Bibeleng hape re mamela lipuo tsa barab’abo rona ba khethiloeng ka moea o halalelang. Leha ho le joalo, e le hore moea o halalelang o re thuse ka botlalo, kaofela ha rona re lokela ho ea libokeng re lokiselitse e le hore re arabe. w19.11 11 ¶13-14