1 ENOKE
O Ile a Tsamaea le Molimo
ENOKE o ne a utloisisa hantle hore na ho joang ho ba mokhelo. O ne a fapane hole le batho ba mehleng ea hae. Bibele e ile ea re ka eena: “Enoke a ’na a tsamaea le Molimo oa ’nete.” Ke eena feela eo Bibele e ileng ea bua joalo ka eena mehleng eo. O ile a khona joang ho etsa joalo le hoja e ne e le motho ea sa phethahalang? Rona mehleng ee, re ka ithuta’ng ho Enoke ka ho bontša sebete?
Re tl’o bua ka litsela tse peli tseo Enoke a ileng a tsamaea le Molimo oa ’nete ka tsona. Tsela ea pele ke ka hore a qobe ka hohle-hohle ho tšoana le batho ba mehleng ea hae ba neng ba sa batle ho khahlisa Molimo. Enoke o lelokong la bosupa ho tloha ho Adama le Eva. Adama o ne a ntse a phela empa a se a tsofetse haholo. (Sheba sehlooho se reng “Ho Tloha Mehleng ea Enoke ho ea ho ea Baahloli.”) Ka mor’a hore Adama le Eva ba fetohele Molimo, boholo ba batho bo ile ba latela mohlala oa bona. Ngoana oa bona Kaine o ile a bolaea ngoan’abo Abele, e leng motho oa pele ea ileng a bontša tumelo. Tse ling tsa litloholo tsa Kaine li ne li le bohale ebile li rata ntoa joaloka eena, mohlomong le ho mo feta. (Gen. 4:23, 24) Enoke o ile a ba sebete ’me ha aa ka a itumella hore a susumetsoe ke mekhoa ea batho ba mehleng ea hae. O ile a lula a e-na le khotso ’me ntho eo e ile ea khahla Molimo.
Lilemo tse ngata pele Enoke a hlaha, ‘batho ba ile ba qala ho bitsa lebitso la Jehova.’ (Gen. 4:26) E ka ’na eaba ba ne ba sebelisa lebitso la Jehova ka tsela e mo nyefolang le e sa mo hlompheng ka hore ba le sebelise borapeling ba bona ba bohata. Enoke ha aa ka a ba etsisa. O ne a rata lebitso le halalelang la Jehova a bile a le hlompha haholo ’me ntho eo e ile ea etsa hore a fapane hole le batho ba bang ba mehleng eo.
Jehova o ile a sireletsa Enoke ha batho ba neng ba sa rate molaetsa oa hae ba batla ho mo bolaea
Tsela ea bobeli eo Enoke a ileng a tsamaea le Molimo ka eona, ke ka hore a etse seo Jehova a neng a mo kopa hore a se etse ’me seo se ne se hloka hore a be sebete le ho feta. Molimo o ile a fa Enoke mosebetsi o khethehileng oa hore e be moprofeta. O ne a lokela ho bolella batho ba khopo, bao a neng a phela le bona molaetsa o tsoang ho Molimo. Molaetsa oo o ne o re: “Jehova o ile a tla ka mangeloi a hae a halalelang a likete-kete ho liha kahlolo khahlanong le batho bohle, ho fumana bohle ba sa hlompheng Molimo ba le molato oa liketso tsohle tsa bona tse khopo. Molimo o tla etsa joalo hobane ba entse liketso tse khopo ’me ha ba mo hlomphe ba bile ba bua lintho tse tšosang ka eena.”
Hlokomela hore ha Enoke a bua ka boprofeta boo bo neng bo bua ka kahlolo ea Molimo, o ile a bua ka bona joalokaha eka bo se bo phethahetse. Taba ena e ne e bontša hore taba eo Enoke a neng a e buile e ne e tla feela e phethahale. Kahlolo eo ea Jehova e ne e bontša hore na o ne a halefetse batho bao ba khopo hakae. Enoke o ile a hatisa taba ea hore batho bao ‘ba ne ba sa hlomphe Molimo’ ba bile ba etsa “liketso tse khopo.” E tlameha ebe batho bana ba ile ba hlabeha ha ba utloa molaetsa ona oa Enoke. Leha ho le joalo, ha aa ka a tšaba ho ba bolella molaetsa ona oo Jehova a neng a batla hore ba o utloe.
Batho bao ba ile ba etsa’ng ha ba utloa molaetsa oa Enoke? Bibele ha e re bolelle empa e bontša hore e ka ’na eaba ho na le nako eo ka eona Enoke a neng a le kotsing. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Bibele e re: “Empa o ile a nyamela hobane Molimo o ile a mo nka.” Ho ile ha etsahala’ng? Batho bao ba khopo ba ne ba hloile Enoke ’me e ka ’na eaba ba ne ba mo hlorisa. Kaha Jehova o ne a rata Enoke, ha aa ka a lumella batho bao hore ba mo lematse kapa ba mo bolaee, ho e-na le hoo, o ile a mo nka kapa a etsa hore a ithoballe lefung. Ka tsela eo, Enoke o ne a tla lula a sireletsehile mohopolong oa Jehova.
Leha ho le joalo, Jehova o ile a fa Enoke mpho e ikhethang pele a mo fallisa. Bibele e re: “Pele [Enoke] a fallisoa o ile a fuoa bopaki ba hore o thabisitse Molimo.” E ka ’na eaba Jehova o ile a bontša Enoke pono e bontšang hore o ne a tla phela ka khotso lefatšeng la paradeise. Pele Enoke a shoa, o ne a kholisehile hore Jehova oa mo rata le hore o ne a mo hlohonolofalitse hobane a ile a bontša hore o sebete le tumelo e matla.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Enoke o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. E ka ’na eaba Bibele e bolela’ng ha e re batho ba ile “ba qala ho bitsa lebitso la Jehova”? (Gen. 4:26; w01 9/15 29 ¶3)
2. Enoke ke motho oa pele oa ho etsa mosebetsi ofe o khethehileng? Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a khone ho phetha mosebetsi oo? (w01 9/15 31 ¶5)
3. E ka ’na eaba Enoke o ne a se a ntse a tseba hore o tla lokela ho ba sebete le pele a qala ho profeta. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? (w06 10/1 19 ¶13-14) A
Setšoantšo A
4. U ka hlalosa joang hore Enoke ha aa ka a isoa leholimong joalokaha batho ba bang ba nahana? (Joh. 3:13; Baheb. 11:5, 13)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Ke maemong afe ao re ka ’nang ra utloa re hloka ho ba sebete e le hore re bue le batho ka molaetsa oa Bibele? Ho latela mohlala oa Enoke, re ka thusoa ke’ng ha re tšohile? B
Setšoantšo B
Jehova o ikutloa joang ha re mo sebeletsa ka sebete? (Liprov. 27:11; Baheb. 11:5)
U ka etsisa sebete seo Enoke a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Enoke eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Mohlala oa Enoke o ka u thusa joang ha u sebetsana le batho ba ratang ho loana?
Etsisa Batho ba Nang le Tumelo, Eseng ba se Nang Eona—Enoke, Eseng Lameke (2:53)
Ke’ng e ileng ea thusa Enoke hore a be le tumelo?
“Tsamaea le Molimo Linakong Tsena Tse Moferefere” (w05 9/1 13-17)