2 NOE
O Ile a Bontša Hore Lefatše le ne le Tšoanela ho Felisoa
NAKOANA ka mor’a hore Enoke a shoe, mangeloi a mang leholimong a ile a fetohela Molimo. Mangeloi ao a khopo a ile a ba le takatso e matla ea ho etsa thobalano le basali. Kahoo, a ile a iphetola batho eaba a tla lefatšeng ’me a nyala basali bohle bao a neng a ba batla. A ile a ba le bana ba bitsoang Banefilime. Bana bao ba ne ba le khopo, ba rata ntoa ebile e le lifonthoane. Ka lebaka leo, ho ile ha tlala bokhopo hohle lefatšeng ho feta le ha e le neng pele. Ha Molimo a bona lintho tseo, o ile a utloa bohloko haholo hobane o ne a sa rera hore batho ba be joalo. Empa ho na le motho ea neng a fapane hole le batho ba bang bohle lefatšeng e leng Noe, setloholoana sa Enoke.
Noe e ile ea e-ba monna ea lokileng joaloka Enoke. Bibele e re: “Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.” Ha nako e ntse e ea, o ile a nyala ’me eena le mosali oa hae ba ruta bara ba bona ba bararo hore le bona ba hlomphe Jehova. Kahoo, seo se ile sa etsa hore Noe le ba lelapa la hae ba fapane hole le batho ba bang bohle.
Ka letsatsi le leng, Jehova o ile a bolella Noe hore o entse qeto ea ho felisa batho bohle ba khopo lefatšeng ka Moroallo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a mo fa tšepo. O ile a re Noe a hahe areka, e le hore batho ba bang ba ka pholoha. Noe o ne a e-s’o ka a bona ntho e joalo ebile o ne a e-s’o ka a haha ntho e kholo joaloka areka. Ho ntse ho le joalo, o ile a kholoa hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae ’me ntle ho tšenyo ea nako a qala ho haha areka.
Noe le ba lelapa la hae ba ne ba phela le batho ba khopo le ba matla ba neng ba sa ba rate ba bile ba hloile molaetsa oa bona le mosebetsi oo ba neng ba o etsa
Noe le ba lelapa la hae ba ne ba lokela ho ba sebete e le hore ba etse mosebetsi ona. E ka ’na eaba batho ba bangata ba ne ba ba soma, ba bang ba bile ba leka ho ba thibela ho etsa mosebetsi. Hape mangeloi ane a khopo a ne a le matla, a tšosa ’me bana ba bona ’ona lifonthoane ba ne ba loantša motho e mong le e mong ea hanang ho etsa seo ba se batlang. Empa Noe le mosali oa hae ea neng a mo tšehetsa, bara ba bona ba bararo le basali ba bona ba ile ba tsoela pele ho sebetsa. Ba ile ba qeta lilemo tse ka bang 50 ba ntse ba haha areka letsatsi le leng le le leng ba le robeli.
Nakong eo, ho na le ntho e ’ngoe hape eo Noe a neng a ntse a e etsa. Bibele e re e ne e le motho “ea neng a phatlalatsa litaba tse lokileng.” Kaha e ne e le hlooho ea lelapa, o ile a etella lelapa la hae pele tabeng ea ho lemosa batho ka se neng se tl’o etsahala. Empa ha ho le ea mong ea ileng a mamela. Ho bonahala eka ba bangata ba leloko la Noe le bona ba ile ba hana ho mamela. Batho ba ne ba sa batle ho fetola mekhoa ea bona e mebe. Kaha Noe o ne a e-na le tumelo, o ne a fapane hole le batho bao a neng a phela le bona. Ke kahoo Bibele e reng ka eena: “Ka tumelo ea hae o ile a bontša hore lefatše le ne le tšoanela ho felisoa.”
Qetellong, Noe le lelapa la hae ba ile ba qeta ho haha areka. Ka mor’a moo, ba ile ba kenya lijo, metsi le lintho tsohle tseo ba neng ba tl’o li hloka ka arekeng, bakeng sa bona le liphoofolo tsohle tseo ba neng ba tl’o li tlisa ka arekeng. Ka mor’a nakoana, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e makatsang! Liphoofolo tsa mefuta eohle, tse tona le tse tšehali, li ile tsa itlisa ka arekeng. Bibele e re li ile “tsa tla ho Noe ka bobeli ’me tsa kena ka arekeng.”
Molimo o ne a se a laetse Noe hore a nke lelapa la hae ’me ba kene ka arekeng hobane pula e ne e tl’o na ka mor’a matsatsi a supileng. U se u ka inahanela feela sephethephethe se neng se le ka arekeng, ha kaofela ha bona ba leka ho qeta mosebetsi o setseng oa ho kenya lintho ka hare le ho li beha moo li lulang teng. Mohlomong batho ba ile ba ba tšeha le ho feta. Empa hang ha Noe le ba lelapa la hae ba kentse lintho tsohle ka arekeng ’me le bona ba kene, Jehova a koala lemati ka boeena. E tlameha ebe ketso eo e ile ea ba koala melomo. Ka mor’a moo ho ile ha na pula e ngata haholo. E ile ea na ka matsatsi a 40, metsi a phahama ho fihlela a koahetse lithaba. Ka tsela ena, Jehova o ile a hloekisa lefatše ka hore a felise batho ba khopo.
Noe le ba lelapa la hae ba ile ba lula ba sireletsehile ka arekeng ka nako e fetang selemo. Ka nako eo, butle-butle metsi a ne a ntse a fokotseha. Qetellong areka e ile ea lula holim’a thaba eaba hamorao Jehova o bolella Noe hore ba se ba ka tsoa ka arekeng. Ha ba lelapa la Noe ba tsoa ka arekeng, ba ile ba rapela Jehova, ba mo leboha hore ebe o ba pholositse. Jehova o ile a tšepisa hore a ke ke a felisa lefatše ka moroallo hape. O ile a ba a fa batho mookoli e le letšoao kapa tiiso ea tšepiso eo a e entseng.
Batho bohle ba phelang mehleng ea rona ba tsoa lelapeng leo la Noe. Kahoo, re thaba haholo hore ebe ba ile ba e-ba sebete hore ba hane ho tšoana le batho ba khopo ba neng ba phela mehleng eo ea bona.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Noe o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Lefatše le ne le le joang pele ho Moroallo? (w02 3/1 5 ¶4–6 ¶4)
2. Jehova o ile a bolella Noe neng hore a hahe areka? Jehova o ile a bolella Noe neng hore Moroallo o tla qala neng? (w12 4/15 23 ¶5-8)
3. Ke hobane’ng ha re lumela hore Moroallo o ile oa e-ba teng? (ijwbq sehlooho sa 156 ¶2-5, lebokose) A
Historic Collection/Alamy Stock Photo
Setšoantšo A: Ho na le pale ea Mahindu e buang ka monna ea ileng a haha sekepe e le hore a pholohe moroallo. Ka mor’a moroallo, o ile a etsa sehlabelo eaba e-ba ntate oa batho bohle lefatšeng
4. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a lilemo tse fetang lekholo Moroallo o bile teng ’me e ka ’na eaba ntho eo e ile ea ama Noe ea neng a tsofetse joang? (it “Noe” No. 1 ¶12-wcgr) B
Setšoantšo B
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Mehla ea rona e tšoana joang le mehla ea Noe? (Mat. 24:36-39)
Mohlaleng oa Noe, u ithuta’ng ka bohlokoa ba . . .
ho hlophiseha? C
Setšoantšo C
ho sebetsa ka thata? D
Setšoantšo D
ho ba le mamello? E
Setšoantšo E
U ka etsisa sebete seo Noe a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Noe eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Bona kamoo ntate ea hlahang videong ena a sebetsang ka thata kateng ho etsisa mohlala oa Noe.
Etsisa Batho ba Nang le Tumelo, Eseng ba se Nang Eona—Noe, Eseng Baahisani ba Hae (2:57)
Thusa bana ba hao hore ba ithute mohlaleng oa Noe.
“Noe o ne a E-na le Tumelo ho Molimo” (ijwis sehlooho sa 18-wcgr)