Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 8 leq. 44-leq. 47
  • Ha aa ka a Itumella ho Lekoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha aa ka a Itumella ho Lekoa
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • Lekhoba le Ileng la Mamela Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • E ne e le Ntate ea Sebete
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • “Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Jehova oa U Thusa ha U E-na le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 8 leq. 44-leq. 47

8 JOSEFA

Ha aa ka a Itumella ho Lekoa

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

HA JOSEFA a ntse a le monyenyane, ntate oa hae Jakobo le Molimo oa hae Jehova, ba ne ba mo rata haholo ebile ba mo tšoara ka tsela e khethehileng. Sena ha se bolele hore Josefa o ne a se na mathata bophelong. Bo-abuti ba hae ba ne ba mo hloile haholo. Kaha Jakobo o ne a sa tšoare Josefa joaloka bana babo ba bang, ba ile ba e-ba mona eaba baa mo hloea. Bo-abuti ba hae ba ile ba mo hloea le ho feta ha Jehova a etsa hore a lore litoro tse neng li bontša hore ka letsatsi le leng lelapa labo le tla mo khumamela.

Ka letsatsi le leng ha Josefa a le lilemo li 17, Jakobo o ile a mo roma hore a e’o hloela bo-abuti ba hae. O ne a tl’o nka matsatsi a ’maloa pele a fihla moo ba leng teng. Ha a fihla ho bona, ba ile ba mo hlasela ka sehloho eaba ba mo lahlela ka sekoting sa metsi a cheleng. Ba ne ba le khopo hoo ba sa kang ba mo hauhela le ha a se a ba kopa hore ba mo ntše ka sekoting seo. Le hoja ba ne ba rerile ho mo bolaea, ba ile ba etsa qeto ea ho mo rekisetsa bahoebi ba tsamaeang. Hamorao ba ile ba thetsa ntate oa bona Jakobo ka hore mora oa hae eo a mo ratang o jeoe ke phoofolo e hlaha. ’Nete ea taba e ne e le hore Josefa o ne a isitsoe hole Egepeta, moo a neng a rekisitsoe e le lekhoba la Potifaro eo e neng e le mohlanka ’musong oa Faro.

Josefa o ne a ka ’na a lahleheloa ke tšepo habonolo feela. Empa o ile a ba sebete ’me a sebetsa ka thata. Ke kahoo Bibele e reng: ‘Jehova o ne a e-na le eena.’ Jehova o ile a etsa bonnete ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Josefa a e etsang ea atleha. Potifaro o ile a mo tšepa hoo a ileng a re a okamele ntlo eohle ea hae.

Leha ho le joalo, mathata a Josefa a ne a ntse a tl’o eketseha. Kaha “Josefa o ne a e-na le sebopeho se setle a bile a le motle,” mosali oa Potifaro o ile a khahloa ke eena ’me ha aa ka a pata taba eo. O ile a re: “Robala le ’na.” Josefa o ne a tla etsa’ng? O ne a le hole le lelapa labo. Kaha e ne e le lekhoba, batho bao a neng a ba sebeletsa ba ne ba ka mo laela hore a etse eng kapa eng eo ba batlang hore a e etse. Mosali enoa o ne a ka mo sulafaletsa bophelo. Na o ne a tla robala le eena, kapa o ne a tla ba sebete ’me a hane ho etsa joalo?

Josefa o kena ka tlung ea Potifaro a shebile pele feela. Mosali oa Potifaro o eme pel’a monyako oa kamore o shebile Josefa ka tsela e hohelang a sesefalitse mahlo.

Josefa o ne a tseba hore mosali oa mong’a hae a ka mo sulafaletsa bophelo, kahoo o ile a khona joang hore a hane ho robala le eena?

Bibele e re o ile “a hana.” Josefa o ile a mo bolella hore Potifaro o mo tšepa haholo kahoo a ke ke a mo siteloa ka ho etsa ntho e mpe hakaalo. Empa lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore Josefa a be le sebete sa ho hana ho robala le mosali enoa a sa tsilatsile ke hobane a ne a rata Jehova. Ke kahoo a ileng a re: “Nka etsa bobe boo bo boholo joang ’me ka fosetsa Molimo?” Empa mosali oa Potifaro ha aa ka a tela, o ne a lula a mo phehella “letsatsi le letsatsi.” O ile a mo phehella joalo ho fihlela ka letsatsi le leng ha ho ne ho se na basebetsi ba bang ka tlung, moo a ileng a mo tšoara ka seaparo eaba o re: “Robala le ’na!” Josefa o ile a chophola eaba oa baleha, mosali eo a sala a tšoere seaparo sa hae. Ha Potifaro a fihla, o ile a mo bontša seaparo sa Josefa, a re o lekile ho mo beta. Potifaro o ile a halefa eaba o lahlela Josefa teronkong.

Joale ke eo, o iphumana a le sekoting se lefifi sa teronko. O ile a qeta nako e itseng a tlanngoe maoto ka liketane, molaleng a tlanngoe ka litšepe. (Pes. 105:​17, 18) Ho ne ho ka ’na ha e-ba bonolo hore Josefa a lahleheloe ke tšepo ea hore lintho li tla loka. Na Jehova o ne a mo lahlile? Ho hang! Josefa le eena ha aa ka a tlohela ho tšepa Molimo. O ile a sebetsa ka thata teronkong ’me Jehova a mo hlohonolofatsa. Ka mor’a nako e seng kae, molebeli ea ka sehloohong oa teronko o ile a mo fa mosebetsi oa bohlokoa. Josefa o ile a qeta lilemo tse ngata a mameletse ka sebete.

Jehova o ile a sebelisa Josefa hobane o ile a lula a tšepahala a bile a le sebete. Ka mor’a nako, Molimo o ile a etsa hore Faro a lore litoro tse peli ’me a thusa Josefa ho li hlalosa. Josefa o ile a bolella Faro hore litoro tseo li ne li bolela hore ho tla ba le lilemo tse supileng tsa khora ebe ka mor’a moo ho ba le lilemo tse ling tse supileng tsa tlala. Faro o ile a khahloa ke tlhaloso ena eaba o khetha Josefa hore ebe eena ea tla okamela mosebetsi oa ho bokella lijo. O ile a etsa hore Josefa e be tona-kholo ’me a mo beha hore a laole naha eohle ea Egepeta. Ka lebaka leo, Josefa o ile a khona ho pholosa Baegepeta hammoho le lelapa labo hore le se ke la bolaoa ke tlala. Ha bana babo ba fihla Egepeta ba il’o kopa lijo, ba ile ba khumamela Josefa ba sa hlokomele hore ke ngoan’abo bona. Toro eane eo Jehova a ileng a e fa Josefa ha e sa le mocha e ile ea phethahala. Le bo-abuti ba hae ba ile ba bontša hore ba se ba fetohile. Ngoan’abo bona eo ba neng ba mo hloile o ile a ba pholosa, a pholosa ntate oa bona hammoho le sechaba sa ka moso sa Iseraele. Lintho tsena kaofela li etsahetse hobane Josefa a ile a bontša sebete le tumelo ho Jehova.

Bala litemana tsena:

  • Genese 37:​1-36; 39:​1-23; 41:1–45:28

U ka re’ng?

Josefa o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Ke’ng e bontšang hore tlaleho e buang ka bophelo ba Josefa ha a ne a le Egepeta ke ’nete? (g 11/10 15 ¶2)

  2. 2. Josefa o tsebile joang hore Jehova o nka bofebe e le ntho e mpe? (Gen. 39:9; w22.08 26 ¶2)

  3. 3. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Josefa hore e be tona-kholo ea Egepeta? (w96 5/1 11 ¶4) A

    Josefa e se e le tona-kholo ea Egepeta ’me o ntse a laela makhoba a mabeli.

    Setšoantšo A

  4. 4. Josefa o ile a etsa’ng ha a le lilemo li 110 ’me seo a se entseng se bontša joang hore o ne a ntse a e-na le tumelo e matla ho Jehova? (Gen. 50:​25, 26; w07 6/1 28 ¶10-11) B

    Banna ba Baiseraele ba nkile lekase le tšetseng masapo a Josefa ba a isa Naheng e Tšepisitsoeng.

    Setšoantšo B

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Tsela eo Josefa a ileng a tšoara bo-abuti ba hae ka eona e re ruta hore re lokela ho tšoara Bakreste-’moho le rona joang ha ba re tšoara hampe? (Gen. 45:​4, 5; 50:​19-21)

  • Josefa o ile a tšepahalla Jehova leha a ne a le hole le hae. Mohlala oa hae o ka re thusa joang . . .

    • ha re le sekolong? C

      Morali oa bo rona ea mocha o feta bana ba bang ba lekanang le eena ba ntse ba tsuba ha a le tseleng e eang hae. Ba mo shebile hampe empa o iphetela feela a shebile pele.

      Setšoantšo C

    • ha re le leetong? D

      Mor’abo rona ea nyetseng o nkile leeto ka mosebetsi. O fihla hoteleng hong le mosali e mong ea motle ’me mosali eo o mo shebile.

      Setšoantšo D

    • ha re sebelisa lifono tsa rona kapa lisebelisoa tse ling tsa elektronike? E

      Mor’abo rona ea mocha o paqame betheng o ntse a tobetsa fono.

      Setšoantšo E

  • U ka etsisa sebete seo Josefa a ileng a se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Josefa eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Jehova ha aa ka a thibela liteko ho hlahela Josefa empa o ile a mo thusa ho mamella. Bona hore na le uena Jehova a ka u thusa joang.

“Jehova oa U Thusa ha U E-na le Mathata” (w23.01 14-19)

Bana ba ka etsisa Josefa joang ha bana ba bang ba ba tšoara hampe?

Mamella Leha u Tšoaroa ka Leeme (1:31)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela