7 JAKOBO
O Ile a Sireletsa Lelapa la Hae ka Sebete
PELE Jakobo a shoa, o ile a re bophelo ba hae e bile bo bokhutšoanyane le bo tletseng “matšoenyeho.” (Gen. 47:9) O ne a bua ’nete. Ha e ntse e le mohlankana, abuti oa hae o ne a batla ho mo bolaea, ke kahoo a ileng a balehela hole le habo, a ea Harane. Ha a le moo, o ile a rata Ragele haholo ’me a batla ho mo nyala. Empa ntate oa Ragele, Labane, o ile a mo qhekella ’me a etsa hore a nyale ausi oa Ragele pele. Kahoo, Jakobo o ile a ba le basali ba babeli ba neng ba lula ba qabana. Jakobo o ile a sebeletsa Labane ka lilemo tse ngata empa Labane o ile a mo etsetsa bolotsana ka makhetlo ka hore a ’ne a fetole moputso oo a neng a mo tšepisitse oona. Jakobo o ile a bontša sebete, tumelo le mamello ho sa tsotellehe mathata a neng a mo aparetse.
Ka letsatsi le leng, Jehova o ile a bolella Jakobo hore e ne e le nako ea hore a tlohe Harane a khutlele ha habo Kanana. Leha ho le joalo, ho ne ho ka ba kotsi hobane Labane o ne a le meharo ’me a sa batle letho ka lintho tsa hae. Jakobo o ile a bolella basali ba hae hore na ntate oa bona o mo entse’ng le seo Jehova a se buileng, eaba o nka Ragele le Lea hammoho le bana ’me o baleha le bona. Ha Labane a utloela ka taba eo, o ile a nka banna ba hae a ba lelekisa. Qetellong ha a ba fumana, a halefela Jakobo, a re na ke hobane’ng ha a tsamaile a sa mo bolella. Labane o ile a ba a tšosa Jakobo, a re: “Ke na le matla a ho u etsa hampe.” Empa lekhetlong lena, Jakobo o ile a ba le sebete sa hore a ipuelle. O ile a bolella Labane a sa hlathe koana le koana hore esale a mo tšoere hampe a bile a mo etsetsa bolotsana ka lilemo. Leha ho le joalo, Jakobo o ne a ntse a ikemiselitse ho bopa khotso. Qetellong pele ba arohana, ba ile ba lokisa litaba.
Ke hobane’ng ha Jakobo a ile a khona ho bopa khotso le ba bang ba lelapa labo ba neng ba le khopo, a ba a khona ho loana le lengeloi le matla?
Mathata a Jakobo a ne a e-s’o fele. Lefahla la hae, Esau, le ne le le tseleng ho tla kopana le eena. Lilemo tse mashome pele ho moo, ’mè oa bona Rebeka, o ile a hlokomelisa Jakobo hore Esau o batla ho mo bolaea. Esau o ne a kholisehile hore Jakobo o mo nketse tlhohonolofatso e tsoang ho ntate oa bona ka bolotsana. Empa joale Jakobo o ne a batla hore Esau a mo tšoarele. O ne a utloetse hore Esau le banna ba hae ba 400 ba tseleng ba tl’o kopana le eena hammoho le ba lelapa la hae. Jakobo o ile a fa bahlanka ba hae limpho tsa bohlokoa, a re ba il’o li fa Esau. Mohlomong Jakobo o ne a tšoenyehile ka hore limpho tsena li ne li sa lekana bakeng sa ho kokobetsa bohale ba abuti oa hae. Bibele e re: ‘Jakobo o ile a tšoha haholo ’me a tšoenyeha.’ Ka mor’a moo ho ile ha etsahala ntho e makatsang.
Bosiung boo, ha Jakobo a le mong, o ile a bona monna eo a sa mo tsebeng. E ne e le lengeloi la Jehova ’me lengeloi leo le ile la qala ho loana le Jakobo. Kaha Jakobo o ne a nahana hore lengeloi le tla mo hlohonolofatsa, o ile a ba le sebete sa ho loana. Ho ne ho se na tšepo ea hore Jakobo o tla le hlola hobane e ne e se e le monna-moholo ea lilemo li 97, leha ho le joalo, ha aa ka a tela. O ile a loana ka thata, a ba a lla. (Hos. 12:4) Jakobo o ne a tseba hore na tlhohonolofatso ea Jehova e bohlokoa hakae, ke kahoo a neng a ikemiselitse ho loana ka matla ’ohle a hae hore a e fumane. Ho elella mesong, lengeloi le ile la tšoara komiki ea noka ea Jakobo eaba e tsoa malulong. Qetellong, lengeloi le ile la bolella Jakobo litaba tse monate tsa hore lebitso la hae e se e tla ba Iseraele. Lebitso leo le ne le bolela hore o loanne le Molimo ebile le ne le mo tšoanela hobane ha aa ka a tela. O ile a loana ka matla ’ohle a hae hore a fumane tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova.
Jakobo a khutlela ho lelapa la hae a ntse a hlotsa. Ha a sheba hojana mola, a bona Esau a tla ho eena le banna ba 400. O ile a tsamaella ka pele ho lelapa la hae, a ea a tobile Esau le banna ba hae a le mong. Ha Jakobo a ntse a atamela Esau, o ile a khumama ka makhetlo a supileng. Ha Esau a mo bona, a mo mathela. O ne a sa tl’o mo loantša kaha o ne a sa tšoara sebetsa. O ile a otlollela matsoho a hae ho Jakobo, a mo haka ka mofuthu. Ka bobeli ba ile ba sitoa ho ithiba eaba baa lla. Boikokobetso ba Jakobo le limpho tseo a ileng a li romella Esau, li ile tsa kokobetsa bohale ba hae. Mohlomong Esau o ile a khahloa ke sebete sa Jakobo. Ena ke tsela eo Jakobo a ileng a bopa khotso le abuti oa hae ka eona.
Jakobo o ile a qeta bophelo bohle ba hae a hlotsa ka lebaka la noka ea hae e lemetseng. O ile a boela a tobana le mathata a mang a mangata. Empa re kholisehile hore liqetong tseo a ileng a li etsa, ha aa ka a ikoahlaela ho mamela Jehova le ho loana le lengeloi. Jehova o ne a ile a mo tšepisa hore o tla mo etsa sechaba se seholo ’me lilemo hamorao tšepiso eo e ile ea phethahala. (Gen. 28:14) Hangata Bibele e re Jehova ke “Molimo oa . . . Jakobo.” (Ex. 3:6) Jesu Kreste le eena o ile a sebelisa poleloana eo. O ile a boela a re Jehova “ke Molimo oa ba phelang eseng oa bafu hobane ho eena baa phela kaofela.” (Luka 20:37, 38) Kahoo, re kholisehile hore lefatšeng le lecha, Jakobo o tla phela ka ho sa feleng, a phela hamonate a bile a thabile.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Jakobo o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a etsa bonnete ba hore Jakobo o fumana tokelo ea ho ba letsibolo ho e-na le Esau? (w03 10/15 29 ¶1)
2. Jehova o ile a etsa hore Jakobo a lore toro efe ’me e ile ea etsa hore a kholisehe ka eng? (w03 10/15 28 ¶3-4) A
Setšoantšo A
3. Ke hobane’ng ha Jakobo a ne a kholisehile hore o tla fumana tlhohonolofatso ho tsoa ho lengeloi? (w03 10/15 31 ¶1) B
Setšoantšo B
4. Ke mehato efe eo Jakobo a ileng a e nka ho sireletsa lelapa la hae hore le se ke la susumetsoa ke Bakanana? (w95 9/15 21 ¶5, nal.)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Jakobo o ne a nka mosebetsi oa ho hlokomela linku tsohle tsa Labane e le oa bohlokoa haholo. (Gen. 31:38-40) Kajeno balisa ba Bakreste ba ka bontša joang hore mosebetsi oa ho hlokomela linku tsa Jehova, e leng Bakreste-’moho, ke oa bohlokoa ka ho fetisisa? C
Setšoantšo C
Jakobo o ile a rapela Jehova ha a ne a tšohile. (Gen. 32:6-12) U ithuta’ng ho Jakobo ha u sheba tsela eo a ileng a rapela ka eona?
U ka etsisa sebete seo Jakobo a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Jakobo eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Re ka etsisa Jakobo joang ha re hlokomela hore re utloisitse Mokreste-’moho le rona bohloko?
Sebelisa pale ena ea Bibele e tsamaisanang le litšoantšo ho ruta ba lelapa la hao ka Jakobo.