17 JAELE
“Mosali ea Hlohonolofetseng ho Feta ba Bang”
SISERA e ne e le molaoli oa lebotho le matla. Leha ho le joalo, o ile a baleha, a siea lebotho la hae le bolaoa ke Baiseraele thoteng ea Jezriele. E tlameha ebe ho ne ho le thata hore a lumele hore lebotho la hae le matla le nang le likariki tse 900 tse nang le mahare a tšepe, le hlotsoe ke Baiseraele ba neng ba sa hlomela hantle. Sisera o ne a batla feela moo a ka ipatang teng. O ile a balehela tenteng ea Hebere oa Mokene.
Bakene ba ne ba utloana le Baiseraele. Setsoalle sa bona le Baiseraele se qalile mehleng ea Moshe ea neng a nyetse mosali lelapeng la bona. Bakene ba ne ba se ba lula Iseraele. Leha ho le joalo, Hebere eena o ne a fapane le Bakene ba bang. Ho e-na le hore a etse setsoalle le Baiseraele, o ile a tloaelana le Morena Jabine oa Kanana. Kaha Sisera e ne e le molaoli oa mabotho a Jabine, ho ka etsahala hore o ne a nahana hore o tla sireletseha ha a ka ea tenteng ea Hebere. Mohlomong Sisera o ne a sa nahana hore Jaele o tla khetha ho tšehetsa Baiseraele ho e-na le ho tšehetsa monna oa hae.
Jaele o ne a le mong tenteng ea hae ’me monna oa hae o ne a le sieo. Ha a bona Sisera a tla tenteng, o ile a lokela ho nahana kapele hore na o ne a tla etsa joang. E tlameha ebe o ne a tseba Sisera le hore na o kotsi hakae. Empa ho ka etsahala hore ebe o ne a sa tsebe seo Jehova a se boleletseng Debora, hore Sisera o ne a tla bolaoa ke mosali, eseng monna. Leha ho le joalo, ho bonahala eka Jaele o ne a tseba hore na Jehova o batla hore a etse’ng. Ke hobaneng ha re ka cho joalo?
Hamorao Jehova o ile a susumeletsa Debora ho qapa pina e buang ka tlholo ea Barake. Pineng eo o ile a re: “Mosali ea hlohonolofetseng ho feta ba bang ke Jaele, mosali oa Hebere oa Mokene, o hlohonolofalitsoe ho feta basali ba bang ba lulang litenteng.” Batho ba bang ba re Jaele o ne a le leshano ebile a le khopo empa taba eo ha se ’nete. Joaloka Rahaba, Jaele o ile a khetha ho ba ka lehlakoreng la Jehova ho e-na le la lira tsa hae eaba ka sebete o loanela Jehova. O ne a tseba hore Sisera ke motho ea khopo ea khahlanong le Jehova le hore Jehova o ne a batla hore a bolaoe. Kahoo, ha a bona hore o na le monyetla oa ho mo bolaea o ile a etsa joalo. Empa potso ke hore na joang?
Jaele o ne a tseba hore ha a ka loantša Sisera o ne a ke ke a o besa oa tuka. Sisera e ne e le lesole le nang le boiphihlelo a bile a le matla. Kahoo Jaele o ile a mo mema hore a kene ka tenteng ea hae e le hore a tle a mo fe se nooang le hore a phomole. O ile a mo apesa kobo e le hore a ka phomola. Ha Sisera a kopa metsi, Jaele o ile a mo fa lebese. Sisera o ile a re a eme monyako oa tente ’me haeba mang kapa mang a botsa hore na ho na le monna ka har’a eona a mo thetse. Ka mor’a moo, o ile a khaleha.
Molimo o ile a khetha mosali ho bolaea lesole le khopo
Jaele o ne a tseba hore oo ke monyetla oa hore a bolaee Sisera. Kahoo o ile a nka lithulusi tseo ho ka etsahalang hore ebe o ne a li sebelisa hangata e leng hamore le thakhisa ea tente. E ka ’na eaba li ne li entsoe ka lepolanka. O ile a nanyetsa Sisera ha a ntse a robetse, a khumama pel’a hlooho ea hae ’me a itokisetsa ho mo bolaea. Haeba a ne a ka etsa phoso feela ebe Sisera oa tsoha, o ne a tl’o mo bolaea ka sehloho. Leha ho le joalo, Jaele ha aa ka a etsa phoso ho hang. Ka nako le motsotso, o ile a bolaea Sisera ka ho kokotella thakhisa ea tente pakeng tsa phatla le tsebe ea hae.
Ka mor’a nako Barake o ile a fihla a ntse a batlana le Sisera. Jaele o ile a tsoa a mo khahlanyetsa. A re ho eena: “Tloo ’me ke tla u bontša motho eo u mo batlang.” Ha Barake a kena ka tenteng, o ile a bona hore mantsoe ao Debora a neng a a buile ho eena a ne a phethahetse, a reng: “Jehova o tla etsa hore mosali e be eena ea hlolang Sisera.”
Ka mor’a hore Baiseraele ba hlole, Barake le Debora ba ile ba qapa pina. Pineng eo ba ile ba rorisa Jaele. Ka mor’a moo, ha ho sa na moo Jaele a hlahang hape ka Bibeleng. Leha ho le joalo, le hona joale lilemo tse ka holimo ho 3 200 hamorao, re ntse re ithuta mohlaleng oa hae o babatsehang. Mehleng ena bahlanka ba Molimo ha ba loane ka libetsa tsa sebele. Leha ho le joalo, re loantša tšusumetso e mpe ea Satane, bademona ba hae le lefatše le khopo leo re phelang ho lona. Kahoo, re hloka ho ba sebete joaloka Jaele hona joale ho feta leha e le neng pele.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng:
Jaele o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Ntoa eo Sisera a ileng a e loana e tšoana joang le ntoa ea Armagedone? Rona re ithuta’ng? (w19.09 8-9 ¶3-6)
2. Hebere monna oa Jaele o ile a tloaelana le Bakanana e leng lira tsa Baiseraele. Empa o ne a amana joang le Baiseraele? (it “Hebere” No. 2-wcgr)
3. Taba ea hore Baiseraele ba ile ba hlola Sisera le Jabine e ile ea matlafatsa tumelo ea batho ba Molimo joang lilemo hamorao? (w08 10/15 14-15 ¶12-15)
4. Tsela eo Debora a ileng a rorisa Jaele ka eona e ne e ikhetha joang? Re ithuta’ng ho seo a se entseng? (w15 8/1 15 ¶3) A
Setšoantšo A
Setšoantšo A
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Joalokaha Jaele a ne a hloka ho ba sebete, ke maemong afe moo morali oa bo rona eo monna oa hae eseng Paki a ka hlokang ho ba sebete?
Jaele e ne e se moprofeta joaloka Debora ebile e se lesole joaloka Barake. Leha ho le joalo, o ile a etsa sohle seo a neng a khona ho se etsa. Haeba ho e-na le lintho tseo re sa khoneng ho li etsa, re ka etsisa mohlala oa hae joang? B
Setšoantšo B
U ka etsisa sebete seo Jaele a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Jaele eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Tšoantšisong ena, bona hore na mohlala oa Jaele o ile oa thusa morali oa bo rona e mocha joang ho paka.
Etsisang Batho ba Sebete Eseng Makoala—Jaele Eseng Baahi ba Meroze (1:40)
Jaele ke e mong oa basali ba bangata bao re ka ithutang lintho tsa bohlokoa mohlaleng oa bona. Bala ka ba bang ba bona.
“Re Ithuta’ng ho Basali ba Hlahang ka Bibeleng?” (ijwbq sehlooho sa 161)