Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 19 leq. 90-leq. 93
  • Ba Ile ba Phethahatsa Kano e Boima

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Phethahatsa Kano e Boima
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • O Ile a Thabisa Ntate oa Hae le Jehova
    Ruta Bana ba Hao
  • Molimo o Amohela ba Tšepahalangl
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • O ne a Ratoa ke Molimo le Metsoalle ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Jafeta o Phetha Kano eo a e Entseng ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 19 leq. 90-leq. 93

19 JAFETA LE MORALI OA HAE

Ba Ile ba Phethahatsa Kano e Boima

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

MAEMO a ne a se a le mabe hape Iseraele kaha sechaba se ne se lahlile Jehova. Ka lebaka leo, Jehova o ile a lumella Baamone ho hlorisa Baiseraele ka lilemo tse ka bang 18. (Baahl. 10:8) Empa qetellong sechaba se ile sa hlokomela hore se sitetsoe Molimo, sa tlosa melimo ea litšoantšo ’me sa khutlela ho Jehova. Nakoana ka mor’a moo, Baamone ba ile ba khobokana Gileade ho ea hlasela Baiseraele.

Baholo ba Gileade ba ile ba kopa hore monna ea bitsoang Jafeta a tle, a tl’o ba etella pele ntoeng. Lilemo pele ho moo, bana ba bo Jafeta ba lulang Gileade ba ne ba ile ba mo hlorisa, kahoo o ile a tloha sebakeng seo, a e’o lula sebakeng se seng. Na o ne a tla lula a ba koatetse a bile a ba tšoere ka pelo? Ho hang! Jafeta o ile a lumela ho khutlela Gileade le ho ea loana. Empa o ile a qala pele ka ho leka ho bopa khotso le Baamone. Jafeta o ile a roma baromuoa ho morena oa Baamone hore ba il’o mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha a se na tokelo ea ho nkela Baiseraele naha ea bona. Seo Jafeta a ileng a se bua se ne se bontša hore o ne a tseba hantle hore na Jehova o ile a fa Baiseraele naha joang le hore na o ile a ba thusa joang ho hlola lichaba tse ba potolohileng. Empa morena oa Baamone ha aa ka a mo mamela. O ne a ikemiselitse ho ba loantša.

Ha Jafeta a ntse a itokisetsa ho ea loana, Jehova o ile a mo fa moea oa hae o halalelang. Kahoo, ha a ne a etsa kano ho Jehova, e ne e se hobane a sa inahana hantle kapa hobane a le lepotla-potla. O ile a re: “Haeba u ka nthusa hore ke hlole Baamone, mang kapa mang ea tla tsoa monyako oa ntlo ea ka ho tla nkhahlanyetsa ha ke khutla ke hlotse Baamone, e tla ba oa hao Jehova ’me ke tla u fa eena e le nyehelo ea secheso.”

Na kannete Jafeta o ne a bolela hore o tla chesa motho? Ha ho joalo. Jehova o ne a nyonya mahlabelo a etsoang ka ho chesa batho ebile o ne a sa lumella Baiseraele ho a etsa. (Deut. 18:​10, 12) Ha Jafeta a ne a re motho ea tla tsoa pele ntlong ea hae ‘e tla ba oa Jehova,’ o ne a bolela hore motho eo o tla inehela ka ho feletseng tšebeletsong ea hae ho Jehova, mohlomong ka ho mo sebeletsa tabernakeleng e Shilo. Jafeta o ne a tseba hore ho ka ’na ha e-ba thata ho phethahatsa kano eo. O ne a e-na le morali a le mong feela eo a mo ratang, eo mohlomong e neng e ka ’na ea e-ba eena oa pele oa ho mo khahlanyetsa ha a tsoa ntoeng.

Hang ka mor’a hore Jafeta a etse kano ho Jehova, ka sebete o ile a ea ntoeng le banna ba hae. Jehova o ile a ba hlohonolofatsa haholo. Ba ile ba bolaea lira tsa bona ka bongata ba ba ba felisa metse e 20 kaofela ea Baamone.

Jafeta o ile a khutlela hae a thabile haholo. E ka ’na eaba o ne a lakatsa eka ho ka tsoa mosebeletsi pele ho tla mo khahlanyetsa. Haeba o ne a nahanne joalo, o ile a soetseha habohloko. Ho ile ha tsoa morali oa hae pele ka tlung a ntse a tantša a bile a letsa moropa o monyenyane. Jafeta o ile a utloa bohloko haholo, a tabola liaparo tsa hae eaba oa lla, o re: “Jo! morali oa ka! U nkutloisitse bohloko hobane ke tl’o fana ka uena.”

Jafeta le morali oa hae ba ne ba e-na le kano eo ba lokelang ho e phetha empa ho etsa joalo ho ne ho tl’o ba boima haholo

Morali oa Jafeta o ile a utloisisa hore bophelo ba hae bo ne bo tl’o fetoha ka ho feletseng ka lebaka la kano ea ntate oa hae. O ne a se a tl’o ameha feela ka ho sebeletsa Jehova bophelo bohle ba hae. Kahoo, o ne a sa tl’o nyaloa kapa ho ba le bana. Ho ngoana oa Moiseraele, taba eo e ne e ka mo nyahamisa habohloko. Leha ho le joalo, moroetsana enoa ea sebete o ile a re ho ntate oa hae: “Haeba u entse kano ho Jehova, etsa seo u mo tšepisitseng sona.” O ile a ikopela feela hore a lumelloe ho qeta nako e itseng le metsoalle ea hae, e le hore a ka llela taba ea hore ha ho mohla a tla nyaloa kapa hona ho ba le bana.

Jafeta o tabola liaparo tsa hae a khumame ka mangole ha morali oa hae a mo atamela, a fihla a beha letsoho la hae lehetleng ho mo khothatsa.

Morali oa Jafeta o ne a le sebete a bile a se na boithati. Ka lebaka leo, selemo le selemo banana ba Iseraele ba ne ba mo etela matsatsi a mane ho mo tšelisa le ho mo babatsa. E ne e le tlotla e kholo ho eena ho sebeletsa Jehova tabernakeleng. Ho ka etsahala hore Samuele le eena o ne a le tabernakeleng ka nako e tšoanang. Na ebe morali oa Jafeta o ile a kenya letsoho ho koetlisa Samuele le ho mo khothatsa? Ha re tsebe. Haeba ho joalo, e ka ’na eaba seo se ile sa mo thabisa haholo, kaha o ne a se na ngoana. Leha ho le joalo, rea tseba hore ka nako eo, ho ne ho e-na le bothata ba boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano bo neng bo etsoa tabernakeleng. (1 Sam. 2:22) Na morali oa Jafeta le eena o ile a kenella boitšoarong boo? Ha ho joalo hobane Bibele e re: “Ha ho mohla a kileng a etsa thobalano le monna.”

Moapostola Pauluse o ile a kenyelletsa Jafeta ha a ne a bua ka banna le basali ba nang le tumelo e matla. (Baheb. 11:32) Jafeta le morali oa hae ba re sietse mohlala o motle oa ho ba sebete. Jafeta o ile a loanela batho ba Molimo ’me morali oa hae o ile a mo tšehetsa. Ba ile ba phethahatsa kano e boima ho Jehova.

Bala litemana tsena:

  • Baahloli 10:​15, 16; 11:​1-40

U ka re’ng?

Jafeta le morali oa hae ba ile ba bontša joang hore ba sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Ke’ng e bontšang hore ha Baamone ba ne ba loantša Baiseraele ba ne ba boetse ba loantša le borapeli ba ’nete? (it “Jafeta” ¶6-wcgr) A

    Banna ba Baiseraele ba liha palo e halalelang ka pel’a batho ba shebileng. Setšoantšo se ka hare: Mosali o pshatla setšoantšo sa molingoana likotoana.

    Setšoantšo A: “Ba tlosa melimo ea bona ea litšoantšo ’me ba sebeletsa Jehova.”—Baahl. 10:16

  2. 2. Ke joang boikutlo boo Jafeta a neng a e-na le bona ha a etsa kano ho Jehova bo neng bo tšoana le ba Jakobo? (it “Jafeta” ¶11-wcgr)

  3. 3. Ke hobane’ng ha e ne e le ntho e boima haholo hore Jafeta a phethahatse tšepiso ea hae? (w17.04 4 ¶6)

  4. 4. Moprofeta Samuele o hlahile ka selemo sa 1180 pele ho mehla ea Jesu. Ke’ng e bontšang hore ho ka etsahala hore ebe morali oa Jafeta le Samuele ba sebelelitse tabernakeleng ka nako e tšoanang? (it “Jafeta” ¶2-wcgr; sheba chate ea “Ho Tloha Mehleng ea Enoke ho ea ho ea Baahloli.”)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Ha batsoali ba le sebete joaloka Jafeta, see se ka thusa bana ba bona joang?

  • Kajeno ke joang Bakreste ba ka etsisang banana ba Iseraele ba ileng ba babatsa morali oa Jafeta le ho mo thusa ho lula a le sebete? B

    Morali oa bo rona ea naheng eo e seng ea habo o bula lebokose le tšetseng limpho a thabile ’me metsoalle ea hae e mo letselitse ka video. Lebokose leo le tšetse lijo, lipilisi le limpho tse ling ’moho le karete.

    Setšoantšo B

  • U ka etsisa sebete seo Jafeta le morali oa hae ba ileng ba se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Jafeta le morali oa hae eng ha ba se ba tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Ke joang mohlala oa morali oa Jafeta o ka thusang Bakreste ba e-s’o nyaloe?

U ka Thaba leha u le Lesoha (5:15)

Bona kamoo Jafeta le morali oa hae ba re rutang ho lula re tšepahalla Jehova kateng.

“Molimo o Amohela ba Tšepahalang” (w16.04 3-8)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela