20 SAMSONE
O Ile a ba Sebete ha a ne a Fokola
SAMSONE o ne a le boemong bo thata. O ile a ba booatla ka hore a bolelle motho e mong sephiri sa hore na ke hobane’ng ha a ne a e-na le matla a sa tloaelehang. Ka lebaka leo, Bafilista ba ile ba mo tšoara, ba mo tlama eaba ba mo honya mahlo. Ka mor’a moo, ba ile ba mo kenya teronkong eaba ba mo etsa lekhoba la bona. Hona joale, le hoja a se a sa bone o ntse a utloa mantsoe a Bafilista ha ba mo soma ba bile ba soma le Molimo oa hae, Jehova. Samsone o ne a tseba hore ke molato oa hae hore ebe o boemong bona. Haesale e le motho ea sebete. Empa na o ne a tla khona ho ba sebete le boemong boo?
Samsone e ne e le moahloli Iseraele ka lilemo tse 20, leha ho le joalo o ne a fapane hole le baahloli ba bang. Baahloli ba bang joaloka Barake, Gideone le Jafeta, ba ile ba loantša lira tsa Molimo ka mabotho. Samsone o ne a sa tšoane le bona. Eena o ne a lula a loana a le mong, a se na lebotho. Jehova o ile a mo sebelisa ho hlola letšoele la Bafilista a le mong. O ile a etsa seo joang?
Ha lengeloi le bolella batsoali ba Samsone hore ba tla ba le mora, le ile la boela la ba bolella hore Jehova o ne a batla hore mora eo e be Monazari bophelo bohle ba hae. Kaha Banazari ba ne ba sa lumelloa ho kuta moriri, le Samsone o ne a sa kute. Ha a ne a lula a tšepahalla kano eo, Jehova o ne a mo hlohonolofatsa ka matla a sa tloaelehang. Ka le leng, Samsone o ile a arola tau likoto tse peli ka matsoho. Jehova o ile a mo fa matla ao a hlollang ’me o ile a a sebelisa ho loantša Bafilista. Ba ne ba hateletse Baiseraele ba neng ba se ba lahlile Molimo.
Ka nako e ’ngoe, Samsone o ile a bolaea Bafilista ba bangata. Kahoo, Baiseraele ba ile ba tšoha eaba baa mo tlama, ba mo isa ho Bafilista. Empa Samsone o ile a fasolla liropo tseo ba mo tlammeng ka tsona, joalokaha eka o fasolla likhoele tsa line feela. A bolaea Bafilista ba 1 000 ka lesapo la mohlahare oa tonki. Hamorao lira tsa hae li ile tsa mo lalla keiting ea motse oa Gaza bosiu kaofela e le hore li ka mo bolaea hoseng. Empa a tsoha har’a mpa ea bosiu eaba o ntša mamati ao a maholo a keiti ea motse le lipalo tse peli tse a tšehelitseng. A li jara ’me a nyolohela holim’a thaba e shebaneng le Hebrone. E ne e ka ba bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 60 ho tloha motseng.
Samsone o ile a hlola Bafilista ka makhetlo a mangata. O ile a bontša Bafilista hore melimo ea bona e kang Dagone, e ne e se na matla khahlanong le mohlanka oa Jehova ea tšepahalang. Leha ho le joalo, Bafilista ba ile ba fumana tsela e bohlale ea ho hlola Samsone. Ba ile ba sebelisa mosali ea bitsoang Delila.
Samsone o ne a mo rata empa mosali eo e ne e le lemenemene le sa tšepahaleng. Ha Bafilista ba mo fa tjotjo, ba mo kopa hore a batlisise hore na ke hobane’ng ha Samsone a le matla a sa tloaelehang, mosali eo o ile a lumela. Kahoo, o ile a phehella Samsone hore a mo bolelle lekunutu la hae ho fihlela Samsone a khathala a ba a mo bolella lona. O ile a mo bolella hore haeba moriri oa hae o ka kutoa, matla a hae a tla fela. Kahoo, Delila o ile a mo emela hore a khalehe eaba o bitsa motho e mong hore a tl’o mo kuta. Bibele e re ‘Jehova o ile a mo tlohela.’ Kahoo, matla a Samsone a ile a fela. Kapele-pele Bafilista ba ile ba tla, ba mo tšoara, ba mo honya mahlo eaba ba mo isa teronkong.
Ka mor’a moo, ba ile ba mo fa mosebetsi o thata oa ho sila lijo-thollo ka lejoe le boima haholo. Bafilista ba ne ba thabile haholo hobane sera sa bona se matla, e ne e se e le lekhoba la bona. Ba ile ba etsetsa molimo oa bona Dagone mokete, e le hore ba ka mo leboha ha a ba thusitse ho tšoara Samsone. Letsatsing la mokete, Bafilista ba bangata ba ile ba bokana tempeleng e kholo. Ntle le ba neng ba le ka har’a tempele, ba ka bang 3 000 ba ne ba le ka holimo marulelong. Bafilista ba ne ba batla ho bapala ka Samsone eaba ba mo ntša teronkong, ba mo emisa pakeng tsa lipilara tse peli tse kholo tse neng li tšehelitse mohaho oa tempele. Ka nako eo moriri oa Samsone o ne o se o holile ’me le eena a se a baketse phoso ea hae.
Samsone e ile ea e-ba motšoaruoa ka lebaka la phoso ea hae empa o ile a sebelisa matla a hae ka lekhetlo la ho qetela ho tlotlisa Jehova
Ka mor’a hore a thetse lipilara, o ile a kopa Jehova hore a boele a mo fe matla a hae a pele. O ile a rapela a re: “Ke kopa u nkhopole ’me u ’matlafatse. Molimo oa ka, ke kopa u nthuse lekhetlong lena feela.” O ile a hoeletsa a re: “E-re ke shoe le Bafilista!” Ak’u nahane ka Samsone a tšoere lipilara tse kholo ’me a leka ho li sututsa ka matla a hae kaofela ho fihlela li qala ho sisinyeha hanyenyane. Lipilara tseo li ile tsa oa le pele Bafilista ba ka re baa mo thiba eaba tempele eohle ea putlama. Lena e ne e le lekhetlo la ho qetela Samsone a sebelisa matla a hae a sa tloaelehang. Letsatsing leo, ka nako le motsotso feela o ile a bolaea lira tsa Molimo tse ngata ho feta tseo a li bolaileng bophelo bohle ba hae.
Lilemo tse makholo hamorao, ha moapostola Pauluse a ne a bua ka batho ba nang le tumelo e matla, o ile a kenyeletsa le Samsone. Ha Pauluse a ne a bua ka ba ileng “ba fuoa matla ha ba ne ba fokola,” e tlameha ebe o ne a nahanne ka moahloli enoa ea sebete.—Baheb. 11:32-34.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Samsone o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Ke hobane’ng ha Samsone a ne a ka ama litopo ebe o tsoela pele e le Monazari? (w05 1/15 30 ¶1–31 ¶1)
2. Ke eng e bontšang hore Samsone o ne a hloka moea oa Molimo o halalelang hore a jare mamati a keiti le lipalo tse a tšehelitseng ho tloha Gaza ho ea Hebrone? (w04 10/15 15 ¶7-8) A
Setšoantšo A
3. Ke eng e bontšang hore mohlomong Delila e ne e le Moiseraele? (w05 3/15 28 ¶2)
4. Ke hobane’ng ha Samsone a ile a rapella hore a iphetetse “bonyane bakeng sa leihlo [la hae] le le leng ho a mabeli”? (Baahl. 16:28; it “Samsone” ¶10-wcgr)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Ha Delila a phehella Samsone hore a mo bolelle lekunutu la hae, Samsone o ile a qetella a mo boleletse ntho eo a neng a sa lokela ho mo bolella eona. Baholo le basali ba bona ba ka ithuta eng tabeng ee? B
Setšoantšo B
Le hoja Samsone a ile a etsa phoso e tebileng, hamorao Jehova o ile a mo sebelisa ho etsa ntho e hlollang. Mohlala oa hae o ka thusa Mokreste ea entseng phoso joang hore a se ke a nyahama mehleng ee?
U ka etsisa sebete seo Samsone a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Samsone eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Ruta bana ba hao hore na ke hobane’ng ha Samsone e ne e le monna ea matla ka ho fetisisa lefatšeng.
“Moea o Halalelang o fa Samsone Matla a sa Tloaelehang” (ijwis sehlooho sa 14-wcgr)
Ke lintho life tseo re ithutang tsona tlalehong ea Samsone?