Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 29 leq. 134-leq. 137
  • “Molimo oa ka ke Jehova”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Molimo oa ka ke Jehova”
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • O Ile a Shebella ’me a Leta
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Na U Kile Ua Ikutloa U se na Metsoalle U Bile U Tšohile?
    Ruta Bana ba Hao
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 29 leq. 134-leq. 137

29 ELIA

“Molimo oa ka ke Jehova”

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

ELIA o hlaha thoso! ka har’a Bibele. Lekhetlo la pele ha a hlaha ka Bibeleng e ne e le ha a tliselitse Morena Akabe molaetsa oa kahlolo. Ka masoabi, marena a pele a tšeletseng a ileng a busa maloko a leshome a Iseraele a ne a le khopo. Akabe e ne e le morena oa bosupa oa Iseraele ’me le eena o ne a le khopo. Ho Jehova o ne a le khopo ho feta marena ’ohle a tlileng pele ho eena. O ile a nyala khosatsana ea molichaba e bitsoang Jezebele. Akabe o ne a rapela litšoantšo, empa mosali oa hae o ne a feteletse. O ne a rapela Baale ’me ho ka etsahala hore borapeli boo bo ne bo akarelletsa ho etsa mahlabelo ka bana. Mosali eo o ne a boetse a khothalletsa Akabe le batho ba bang hore le bona ba rapele Baale. Empa ka letsatsi le leng, Elia o ile a hlaha ka pel’a Akabe. Jehova o ne a mo romme hore a e’o ahlola morena eo le ho mo bolella seo a tl’o se etsa.

Ak’u nahane ka Elia, a nka leeto le lelelele litseleng tse tletseng mafika tsa Gileade a ea Samaria, motseng o sirelelitsoeng ka marako, ntlong e kholo ea Morena Akabe. Ntlo eo e ne e boetse e bitsoa “ntlo ea manaka a litlou,” mohlomong hobane e ne e le majabajaba. (1 Mar. 22:39) Ak’u nahane ka Elia, a kena ka tlung ena e kholohali, a ikaparetse seaparo sa hae se entsoeng ka boea, a fasitse lebanta la letlalo thekeng, a fihla a ema ka pel’a morena, a mo bolella hore molimo oa hae Baale, ha a na matla. Na Jezebele o ne a le teng ha Elia a bua lintho tsee? Haeba o ne a le teng, ebe eena le Akabe ba ile ba itšoara joang? Moprofeta Elia ha aa ka a tšaba ho ba bolella hore molimo eo ba neng ba nka hore ke eena ea ba nesetsang pula, o ne a tl’o ba soetsa. Jehova o ne a itse ho tl’o ba le komello Iseraele. Ho ne ho ke ke ha e-ba le pula ka lilemo tse ngata ho fihlela Elia a khutla ’me a phatlalatsa hore ho tl’o ba le pula.

Elia o bua le Morena Akabe ntlong ea hae e majabajaba. Akabe o lutse fatše o mametse Elia, empa Jezebele o eme ka maoto oa mo hanyetsa. Batho ba bang ba shebile Elia ’me ha ba mo kholoe.

Ebe Elia o ne a nka sebete sa ho bolella Akabe molaetsa oo oa kahlolo hokae? Karabo re ka e fumana mantsoeng a hae. Ha a qala molaetsa oa hae oa kahlolo o ile a re: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo oa Iseraele ea phelang eo ke mo sebeletsang.” Mantsoe a Seheberu a reng, “eo ke mo sebeletsang” ha e le hantle a bolela, “eo ke emeng ka pel’a hae.” Ha Elia a ntse a bua molaetsa oa hae oa kahlolo, o ne a eme ka pel’a morena ea matla. Empa moprofeta enoa o ne a tseba ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa ea hore kaha ke mohlanka oa Jehova Molimo, ha e le hantle o ne a eme ka pel’a hae. Akabe le Jezebele ba ne ba bonahala ba tšosa ba bile ba le matla empa Elia o ne a tseba hore Jehova o matla ho ba feta. Ho nahana ka tsela eo ho ile ha etsa hore Elia a be le sebete.

Ka sebete, Elia o ile a bua le morena ea khopo le mosali oa hae hammoho le sechaba sa marabele, a ba a tšepa Jehova ha a ne a tšohile

Elia o ile a tsoela pele a bontša sebete ha a ntse a sebeletsa Jehova. Nakong eo ho neng ho e-na le komello le tlala naheng, o ile a bontša sebete ka hore a mamele Jehova ha a ne a mo laela hore a ipate khohlong. Ha a le moo, o ne a noa metsi nokaneng, lijo a li tlisetsoa ke makhoaba. O ile a boela a bontša sebete ha Jehova a ne a mo roma ho mohlolohali ea neng a futsanehile le ea neng a e-na le tumelo ho Molimo. Elia o ne a hloka sebete hobane mohlolohali eo o ne a lula Sidone, moo ho neng ho busa ntate oa Jezebele. Hape Elia o ile a bontša sebete ha a ne a eme Thabeng ea Karmele, a tobane le baprofeta ba Baale ba 450, a ba bontša hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete. Ka makhetlo, Elia o ile a phelela lebitso la hae, le bolelang “Molimo oa ka ke Jehova.”

Leha ho le joalo, “Elia e ne e le motho joaloka rona.” (Jak. 5:17) Ka linako tse ling o ne a tšoha. Ka mor’a hore Jehova a etse mehlolo Thabeng ea Karmele, Akabe ha aa ka a fetoha ’me Jezebele o ile a laela hore Elia a bolaoe. Kahoo, Elia o ile a tšoha eaba oa baleha. Elia o ile a nyahama habohloko hoo a ileng a ba a bolella Jehova hore o batla ho shoa. O ne a ikutloa a se na thuso a bile a nka hore baholo-holo ba hae ba shoeleng ba betere ho mo feta. Leha ho le joalo, Jehova o ile a mo mamela ebile ha aa ka a mo fella pelo. Hamorao, Elia o ile a bolella Molimo oa hae ka makhetlo a mabeli hore o mong ebile o tšohile. Hape o ne a bona eka mosebetsi o thata oo a ileng a o etsa joaloka moprofeta, o ne o se na thuso. Jehova o ile a kholisa moprofeta enoa oa hae hore ha a mong le hore o ntse a mo nka e le motho oa bohlokoa. Jehova o ile a ba a mo fa motho ea neng a tla mo thusa. A boela a bolella Elia hore a koetlise motho eo hore a tle a khone ho etsa mosebetsi oa ho ba moprofeta.

Nakoana ka mor’a hore Jehova a bue seo, Elia o ile a tsamaea ho ea batlana le motho eo ea bitsoang Elisha. Ka bobeli ba ile ba sebeletsa Jehova ’me ba tsoela pele ho phatlalatsa melaetsa e tsoang ho eena linakong tseo tse thata. Elisha o ile a thusa motsoalle enoa oa hae ea neng a se a holile ebile o ne a ithuta lintho tse ngata ho eena. Jehova o ile a thusa Elia hore a boele a be sebete, ’me Elia o ile a tsoela pele ho ba sebete bophelo bohle ba hae.

Bala litemana tsena:

  • 1 Marena 16:​29-33; 17:​1-10a; 18:1–19:21

  • 2 Marena 3:11

U ka re’ng?

Elia o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a khetha ho sebelisa makhoaba ho tlisetsa Elia lijo? (it “Lekhoaba” ¶5-wcgr) A

    Lekhoaba.

    Lior Kislev

    Setšoantšo A

  2. 2. Elia o ile a etsa mehlolo efe? (it “Elia” No. 1 ¶11-wcgr)

  3. 3. Thabeng ea Karmele, Elia o ile a laela batho hore ba tlatse metsi ka forong. Ho ne ho e-na le komello ka nako eo, joale metsi ao a ne a tsoa hokae? (ba 17 ¶3) B

    Todd Bolen/BiblePlaces.com

    Setšoantšo B: Thaba ea Karmele le Leoatle la Mediterranean

  4. 4. Seaparo sa Elia se khethehileng se ne se bontša’ng, hona ke hobane’ng ha a ile a se lahlela mahetleng a Elisha? (w14 2/1 12 ¶3)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Jehova o ile a tšoara Elia joang, hona re ka etsisa Jehova joang e le hore ho be bonolo hore bara le barali ba bo rona ba bue le rona ha ba nyahame? (1 Mar. 19:​1-18) C

    Litšoantšo: Mor’abo rona ea holileng o khothatsa mor’abo rona ea nyahameng. Litšoantšo tse peli tse latelang li bontša hore na o entse seo joang. Litšoantšo: 1. Mor’abo rona ea holileng o founela mor’abo rona ea nyahameng. 2. Mor’abo rona o araba fono a le betheng. Hamorao letsatsing leo, bara bao ba bo rona ba thabela lijo tsa hoseng shopong ea kofi. Mor’abo rona ea holileng o mametse mor’abo rona ea nyahameng ka hloko.

    Setšoantšo C

  • Elia o ile a thabela ho ruta Elisha mosebetsi oa hae. Re ka mo etsisa joang ha re koetlisa ba bang le ha re ba fa e meng ea mesebetsi ea rona?

  • U ka etsisa sebete seo Elia a ileng a se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Elia eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Shebella video e bontšang ka ho hlaka kamoo Jehova a ileng a matlafatsa Elia kateng e le hore a khone ho phetha kabelo ea hae.

Etsisa Mehlala ea ba Ileng ba Bontša Mamello—Baprofeta—Elia (1:19)

Bacha ba ka ithuta’ng ho Elia ha a ne a bontša hore o sebete Thabeng ea Karmele?

“Emela Borapeli ba ’Nete!” (Lihlooho tse Inthaneteng “Tsa Bacha”)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela