31 NGOANANA OA MOISERAELE E MONYENYANE
O Ile a Bua ka Molimo oa Hae Naheng ea Balichaba
HO NE ho e-na le ngoanana ea neng a lula Iseraele nakong ea puso ea Morena Jorame. Le hoja Bibele e sa re bolelle lebitso la hae, e re bolella ntho ea bohlokoa e ileng ea etsahala ha a sa le monyenyane. Morena Jorame le Baiseraele ba ne ba sa tšepahalle Jehova. Kahoo, Jehova o ile a lumella Baasiria ho ba hlasela, ho utsoa thepa ea bona le ho hapa ba bang ba bona. Ka letsatsi le leng, Baasiria ba ile ba hapa ngoanana eo e monyenyane ’me ba mo isa Siria.
Re ka inahanela feela hore na e tlameha ebe ngoanana eo o ne a tšohile hakae le hore na batsoali ba hae ba ne ba utloile bohloko hakae ba bile ba tšoenyehile ka eena. E ile ea e-ba lekhoba la monna e mong ea bitsoang Naamane le mosali oa hae. Naamane e ne e le molaoli oa masole a Siria. E tlameha ebe ngoanana enoa o ile a leka ka matla ho ithuta ho phela sebakeng sena se secha. E ka ’na eaba ha a le moo, o ile a hlokomela hore lelapa la Naamane le ne le sa thaba. Naamane o ne a tšoeroe ke lefu le bohloko la lepera, le neng le etsa hore motho a tsoe maqeba a mabe hohle ’meleng ’me ka linako tse ling le ne le sa fole.
Le hoja e ne e le motšoaruoa naheng ea batho ba neng ba rapela melimo ea bohata, o ile a tsoela pele a utloela batho ba bang bohloko a bile a le sebete
Ngoanana enoa e monyenyane o ne a le pelo e ntle haholo. O ile a utloela Naamane le mosali oa hae bohloko le hoja a ne a tseba hore Naamane e ne e le sera sa Baiseraele. O ne a tseba hore Naamane a ka fola. Mohlomong batsoali ba hae ba ile ba mo phetela lipale tsa lintho tse hlollang tseo Jehova a ileng a thusa moprofeta Elisha hore a li etse. Empa o ne a sa tsebe hore na ebe Elisha o kile a folisa motho lepera. Leha ho le joalo, ngoanana enoa o ne a kholisehile hore Molimo oa hae, Jehova, o ne a ka fa moprofeta Elisha matla a ho folisa Naamane.
E tlameha ebe ngoanana enoa o ne a ipotsa hore na a ka bolella lelapa la Naamane ka Jehova. O ne a tseba hore ho etsa seo ho ka ba kotsi kaha Naamane o ne a rapela molimo oa Siria ea bitsoang Rimone, ebile hangata o ne a felehetsa morena oa Siria ha a il’o rapela Rimone tempeleng. Ho bonahala eka Baasiria ba ne ba lumela hore molimo enoa oa bona o na le matla a ho baka lifefo le letolo. Kahoo, ngoanana enoa e monyenyane o ne a sa tsebe hore na Naamane o ne a tla itšoara joang ha a ne a ka mo bolella ka Molimo oa hae, Jehova. Mohlomong Naamane o ne a ka utloa bohloko haeba ngoanana eo a ne a ka mo bolella hore Jehova o ne a ka mo folisa, kaha molimo oa hae Rimone o ne a hlolehile ho mo thusa. E tlameha ebe ngoanana eo o ile a rapela Jehova hore a mo fe sebete, eaba hamorao o re ho mosali oa Naamane: “Ho na le moprofeta Samaria, haeba moren’a ka a ka ea ho eena, a ka mo folisa lepera.”
Ana ke ’ona feela mantsoe ao a a buileng, a tlalehiloeng ka Bibeleng. Le hoja a sa bua lintho tse ngata, seo a se buileng se ile sa e-ba le liphello tse thabisang. Temaneng e latelang, Naamane o ile a ea ho Morena Ben-hadade ho mo bolella hore na ngoanana eo o itseng. Ben-hadade o ile a fa Naamane lengolo le eang ho Morena Jorame eaba o re a ee Iseraele. Lengolong leo o ile a kopa Jorame hore a folise lepera la Naamane.
Ka mor’a hore Naamane a tsamaee, lelapa la hae le basebeletsi ba ne ba thahasella ho utloa hore na o tsamaile joang. E tlameha ebe ngoanana eo o ile a rapela ka matla, a kopa Jehova hore a etse ho hong e le hore Naamane a bone hore ke eena feela Molimo oa ’nete. E ka ’na eaba Naamane o ile a nka matsatsi a mangata kapa libeke tse ngata a tsamaile. Qetellong, o ile a khutlela hae. U se u ka inahanela hore na lelapa la hae le basebeletsi ba hae ba ile ba thaba hakae ha ba mo bona. Letlalo la hae le neng le sentsoe ke lepera le ne le hloekile, le le letle joaloka la moshanyana. O ne a folile.
E tlameha ebe ngoanana eo o ile a mamela ka hloko ha Naamane a ba phetela se etsahetseng. O ile a ba bolella hore Elisha o ile a ba amohela ha hae, empa a mo fa litaelo tse ileng tsa etsa hore a halefe. Basebeletsi ba hae ba ile ba mo kopa hore a mamele litaelo tsa Elisha eaba hamorao o hlokomela hore o lokela ho ikokobetsa. Ka mor’a ho itahlela ka makhetlo a supileng ka Nokeng ea Jordane o ile a fola. Ka mor’a hore Naamane a folisoe, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea thabisa ngoanana enoa le ho feta. Ho tloha ka nako eo, Naamane le eena o ile a rapela Jehova Molimo.
Lintho tsena tse thabisang, li etsahetse feela ka lebaka la hore ngoanana eo e monyenyane o ile a ba sebete ’me a bua ka Molimo le ka moprofeta Elisha. Ke ’nete hore ha re tsebe lebitso la hae empa Jehova eena oa le tseba. Haeba re ka mo etsisa ka hore re be sebete ’me re tšepahalle Jehova, re tla mo bona lefatšeng le lecha ha Jehova a se a mo tsositse. Nahana feela hore na re tla thaba hakaakang ha re kopana le eena, re tseba lebitso la hae le ho utloa ha a re qoqela ka bophelo ba hae.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Ngoanana oa Moiseraele e monyenyane o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha ngoanana oa Moiseraele e monyenyane a ne a tšaba Baasiria, hona e ka ’na eaba ke hobane’ng ha a ne a makatsoa ke lintho tseo ba li etsang? (w96 5/15 8 ¶3) A
Courtesy of Musée du Louvre, Paris
Setšoantšo A: Setšoantšo sa mehleng ea khale seo Baasiria ba neng ba se rapela, ho ka etsahala hore ebe ke sa molimo oa bona Rimone
2. Hlalosa hore na ho etsahala’ng ka motho ha a tšoeroe ke lepera. (it “Lepera” ¶3-5-wcgr)
3. Ke hobane’ng ha Elisha a ile a hana mpho ea Naamane? (w05 8/1 9 ¶2)
4. Ke hobane’ng ha Elisha a ne a tšepa hore Jehova o tla tšoarela Naamane le hoja a ne a khumama ka pel’a Rimone? (2 Mar. 5:18, 19; w05 8/1 9 ¶3) B
Setšoantšo B
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Naamane e ne e le molaoli oa sesole sa Siria se neng se hlasela Iseraele empa Jehova o ile a mo folisa. Taba ee e u ruta’ng ka mohau oa Jehova le ho se khetholle ha hae? C
Setšoantšo C
Mohlala oa ngoanana oa Moiseraele e monyenyane o u thusa joang hore u bue ka Jehova le ha u tšohile?
U ka etsisa sebete seo ngoanana oa Moiseraele e monyenyane a ileng a se bontša ka litsela life tse ling?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa ngoanana oa Moiseraele e monyenyane eng ha a se a tsositsoe?a
Ithute Lintlha Tse Ling
Na taba ea hore lebitso la ngoanana oa Moiseraele e monyenyane ha le hlahe ka Bibeleng e bolela hore Jehova o ne a sa mo nke e le oa bohlokoa?
“Ke Hobane’ng ha Batho ba Bang ka Bibeleng ba sa Boleloa ka Mabitso?” (w13 8/1 10)
Hlokomela hore na kajeno bacha ba ka etsang hore ba be sebete joaloka ngoanana oa Moiseraele.
a Haeba ngoanana eo o ile a hola, ho hlakile hore o tla tsosoa e le motho e moholo.