32 ELISHA
“Jehova, ke Kopa u Etse Hore a Bone”
DOTHANE e ne e le motse o ka har’a khohlo e pota-potiloeng ke lithaba. Motse oo o ne o le holim’a leralla, ebile o pota-potiloe ke marako a o sirelelitseng. Mosebeletsi oa Elisha o ile a tsoha hoseng haholo ’me ha a tsoela ka ntle a bona ntho e tšosang. Lebotho le matla la sesole sa Siria le ile la fihla bosiu ka lipere le likariki tsa ntoa. Le ile la pota-pota motse. Masole ao a lireng a ne a tlile ho tla tšoara moprofeta oa Jehova, e leng Elisha. Mosebeletsi oa Elisha o ne a tšohile haholo, a mathela ho Elisha ho ea mo bolella hore o kotsing.
Ho tšosoa le ho ba kotsing e ne e se ntho e ncha ho Elisha. Lilemo pelenyana ho moo, Jehova o ile a roma moprofeta Elia ho Elisha e le hore a mo koetlisetse ho nka sebaka sa hae joaloka moprofeta. Ka bobeli banna bao ba ile ba tobana le bokhopo ba Morena Akabe le mosali oa hae, Jezebele, hammoho le mora oa bona Akazia. Ha ba ntse ba tsamaea hammoho, ka tšohanyetso sepakapakeng ho ile ha hlaha likariki tsa ntoa le lipere tse khanyang joaloka mollo ’me tsa arohanya moprofeta Elia ho motsoalle oa hae e mocha. Elia a nyolleloa holimo ka sefefo. Elisha ha aa ka a hlola a bona motsoalle oa hae hape, empa a tsoela pele ho etsa mosebetsi oo Elia a neng a mo koetliselitse hore a o etse. O ile a etella pele baprofeta ba Jehova ho tlosa borapeli ba Baale Iseraele.—2 Mar. 2:15.
Jehova o ile a fa Elisha matla a ho etsa mehlolo e mengata. Moprofeta Elisha o ne a sa tsoa folisa Naamane, e leng molaoli ea hlomphehang oa sesole ea neng a nkoa e le oa bohlokoa ke Ben-hadade, morena oa Siria. Ho e-na le hore morena eo a bontše teboho, o ile a ’na a tsoela pele ho romela masole a hae ho hlasela Iseraele. Empa Jehova o ne a lula a bolella Elisha hore Ben-hadade o rerile ho hlasela hokae ebe Elisha o hlokomelisa morena oa Iseraele hore a se ke a ea sebakeng seo. Taba ena e ile ea halefisa morena oa Siria eaba o botsa bahlanka ba hae hore na ke mang har’a bona ea ntseng a bolella lira tsa bona merero ea hae. E mong oa bahlanka ba hae o ile a mo bolella hore ke moprofeta oa Jehova, e leng Elisha ea ntseng ‘a bolella morena oa Iseraele lintho tseo a li buang ka kamoreng ea hae ea ho robala.’ Ha Ben-hadade a utloa hore Elisha o ne a le Dothane, o ile a romela banna ba hae hore ba e’o tšoara moprofeta eo.
Le hoja Elisha le mosebeletsi oa hae ba ne ba pota-potiloe ke lebotho la Basiria ’me ho ne ho bonahala ba se na tsela ea ho tsoa, ho ne ho e-na le ntho eo Elisha a neng a e tseba eo mosebeletsi oa hae a neng a sa e tsebe
Mosebeletsi oa Elisha ke eena ea ileng a bona masole a Basiria pele. O ile a mathela ho moprofeta a hoelelitse, a re: “Moren’a ka, re etse’ng?” Elisha o ile a hlokomela hore monna enoa o tšohile, eaba o re ho eena: “U se ke oa tšoha!” Ka mor’a moo a mo bolella mantsoe ana a ntseng a re khothatsa le rona kajeno, a reng: “Ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le bona.” E ka ’na eaba mosebeletsi eo o ile a makatsoa ke mantsoe a moprofeta Elisha. Mohlomong o ne a ipotsa hore na ba ne ba tla hlola lebotho le leholo joalo joang ba le babeli feela. Ka nako eo, Elisha o ile a rapela a re: “Jehova, ke kopa u etse hore a bone.”
Jehova o ile a araba Elisha hang-hang. O ile a etsa hore mosebeletsi eo a bone lebotho la mangeloi le neng le ba pota-potile. Mangeloi ao a ne a le mangata a bile a le matla ho feta lebotho la Basiria. Bibele e re: “Lithabeng ho ne ho tletse lipere le likariki tsa ntoa tsa mollo ho ba potoloha.”
Lebotho la Basiria le ne le sa bone lebotho la mangeloi a Jehova. Kahoo, Basiria ba ile ba ea motseng oo Elisha a neng a le ho oona hore ba il’o mo tšoara. Eaba Elisha o kopa Jehova hore a etse hore ba se ke ba bona. Taba ena ha e bolele hore Jehova o ne a hlile a ba foufalitse. Ho e-na le hoo, e bolela hore o ne a ba tšerehantse hoo ba neng ba sa utloisise lintho tseo ba li bonang. Kaha ba ne ba se ba ferekane, ba ile ba lumella Elisha hore a ba tataise. O ile a ba isa Samaria, e bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 16, ’me ha ba le moo a kopa Jehova hore a etse hore ba boele ba bone. Ka mor’a hore Jehova a ba bule mahlo, ba ile ba hlokomela hore na ba hokae. Ba ne ba le hare-hare motse-moholo oa Iseraele. Morena oa Iseraele o ne a batla ho ba bolaea, empa Elisha a ba hauhela a kopa hore ba se ke ba bolaoa, ba mpe ba fuoe lijo ’me ba khutlele hae. Bibele e re: “Masole a Basiria ha aa ka a hlola a hlasela Iseraele.”
Kaha Elisha o ne a e-na le tumelo, o ne a se a ntse a tseba hore mangeloi a Molimo a ne a e-na le bona. Lilemong tse ngata tseo a li qetileng a sebeletsa Jehova, o ithutile hore Jehova le mangeloi a hae ha ba hole le rona le hore ba lula ba ikemiselitse ho thusa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang. Ho tseba sena ho ile ha thusa Elisha hore a be sebete, ’me le rona kajeno ho ka re thusa ka tsela e tšoanang.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Elisha o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Elisha o ile a etsa’ng ha Jehova a mo khetha hore e be moprofeta, hona seo se re ruta eng ka eena? (1 Mar. 19:19-21; it “Elisha” ¶2-wcgr) A
Setšoantšo A
Setšoantšo A
2. Ke hobane’ng ha Elisha a ile a kopa Elia “likarolo tse peli” tsa moea o halalelang oo Molimo a neng a mo file oona? (2 Mar. 2:9; w03 11/1 31)
3. Ke hobane’ng ha re ka re Jehova o ne a sa foufatsa Basiria ka tsela ea sebele? (it “Bofofu” ¶6-wcgr)
4. Hlalosa mesebetsi eo Elisha a ileng a e etsa joaloka moprofeta. (it “Elisha” ¶27-28-wcgr)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Ho tseba hore mangeloi ha a hole le rona, ho ka re thusa joang hore re be sebete? B
Setšoantšo B
Ke joang baholo le rona kaofela re ka etsisang tsela eo Elisha a ileng a khothatsa mosebeletsi oa hae ka eona?
U ka etsisa sebete seo Elisha a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Elisha eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Barab’abo rona ba fuoang likabelo tse ncha ba ka ithuta’ng ho Elisha?
Hlokomela lintho tse ling tseo u ka ithutang tsona linthong tse etsahetseng bophelong ba Elisha.
“Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Ntoa—Uena?” (w13 8/15 28-30)