43 JOSEFA
E ne e le Ntate ea Sebete
HO HLOKAHALA sebete hore motho e be ntate ea molemo. Leha ho le joalo, mohlankana e mong ea bitsoang Josefa, eo e neng e le ’metli oa mapolanka Nazaretha, o ile a tlameha ho bontša sebete le pele e ba ntate. Moroetsana eo a neng a tl’o mo nyala e leng Maria, o ile a mo bolella hore o imme. Empa ngoana e ne e se oa hae. O ile a mo hlalosetsa hore na o imme joang. Leha ho le joalo, taba ena e ne e sa utloahale ho Josefa ebile ho ne ho le thata hore a mo kholoe. Ebe o ne a tla etsa’ng?
Bibele e re Josefa “o ne a lokile,” a mamela melao ea Jehova, a le mosa a bile a le mohau. Ha a utloa lintho tsena o ile ‘a nahanisisa’ ka hore na o tla etsa’ng. Josefa o ile a rera ho hlala Maria ka lekunutu e le hore a se ke a mo tlotlolla. (Matsatsing ao, ha motho a ne a se a lebelelitse ho ne ho tšoana le ha a se a nyetse.) Leha ho le joalo, Jehova o ile a kenella. O ile a roma lengeloi hore le il’o bua le Josefa torong. Lengeloi le ile la re: “U se ke oa tšaba ho isa Maria mosali oa hao lapeng.” Lengeloi le ile la mo kholisa hore Maria o ne a bua ’nete. Ngoana eo e ne e le Mora oa Molimo, eo e neng e tla ba Mesia.
Josefa o ne a e-na le boikarabelo bo boholo ba ho hlokomela Mora oa Molimo
Josefa o ile a “etsa kamoo lengeloi la Jehova le neng le mo laetse kateng.” O ile a iteta sebete ’me a etsa seo Jehova a neng a batla hore a se etse. O ile a tlameha ho hlokomela mosali oa hae ea neng a le haufi le ho beleha Mora oa Molimo. Josefa o ne a tla hloka sebete sa ho etsa seo.
Nakoana hamorao, Sesare Augustase o ile a laela hore batho bohle ba ee metseng eo ba tsoaletsoeng ho eona e le hore ba ka ngolisoa. Kahoo, Josefa o ile a ea Bethlehema e le hore a ka ngolisoa. Le hoja molao o ne o sa tlame Maria hore a ee Bethlehema, mohlomong Josefa o ile a tsamaea le eena hobane a batla ho mo sireletsa. Kahoo, ba ile ba nka leeto leo le lelelele le hoja Maria a ne “a le haufi le ho ba le ngoana.” Ha ba se ba le Bethlehema, nako ea hore Maria a be le ngoana ea fihla eaba Jesu o tsoalloa ka setaleng.
Josefa o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa la hae, empa o ne a futsanehile. Kahoo, ha eena le Maria ba ne ba isa lesea la bona tempeleng e Jerusalema, ba ile ba fana ka maebana a mabeli e le sehlabelo. Hamorao, ho ile ha fihla baeti ntlong ea Josefa le Maria Bethlehema. E ne e le balepi ba linaleli ba neng ba latetse ntho e kang “naleli” sepakapakeng. E ka ’na eaba ba ne ba tsoa Babilona. Ha ba fihla moo ba fa Maria le Josefa limpho bakeng sa ngoana. Ho e-s’o ee kae, lengeloi la Jehova la lemosa Josefa hore Morena Heroda ea khopo o batla ho bolaea Jesu. Lengeloi le ile la bolella Josefa hore a balehele Egepeta le lelapa la hae.
Josefa o ile a iteta sebete, eaba ka potlako o nka mosali le lesea la hae ba tsoa Bethlehema har’a mpa ea bosiu ho ea naheng eo ba sa e tsebeng. Ebe Josefa o ne a tla ba hlokomela joang Egepeta? E tlameha ebe lintho tseo a ileng a li fumana ho tsoa ho balepi ba linaleli li ile tsa mo tsoela molemo. Hamorao, Jehova o ile a laela Josefa hore a khutlele Iseraele le lelapa la hae. Leha ho le joalo, Bethlehema e ne e le tlas’a puso ea moeta-pele ea khopo, kahoo Josefa le lelapa la hae ba ile ba ea Nazaretha hobane Jehova o ne a itse ba ee moo.
Ha ba se ba le Nazaretha, Josefa o ile a sebetsa ka thata e le ’metli oa mapolanka e le hore a hlokomele Maria, Jesu le banab’abo ba tšeletseng. Habohlokoa le ho feta, Josefa o ile a hlokomela ba lelapa la hae moeeng, ka ho ba ruta ka Jehova le ho etsa bonnete ba hore ba mo sebeletsa hammoho. Ba ne ba tloaetse ho ea ntlong ea thapelo ho ithuta ka Jehova le ho ea meketeng e halalelang e neng e tšoareloa Jerusalema. Josefa o hlaha ka lekhetlo la ho qetela ka Bibeleng ha a ne a ile Jerusalema le lelapa la hae. Ka nako eo, Jesu o ne a le lilemo li 12, ’me Maria le Josefa ba ne ba nahana hore o lahlehile. Re ka inahanela hore na Josefa o ne a khathatsehile hakae. Leha ho le joalo, Jesu o ne a bolokehile, ’me “a tsoela pele ho mamela batsoali ba hae.”
Bibele ha e hlalose hore na Josefa o shoele neng, empa pele a e-shoa, e tlameha ebe o ile a koetlisa mora oa hae hore ebe ’metli ea hloahloa oa mapolanka. Jesu ha a ka a tsebahala feela e le “mora oa ’metli oa mapolanka” empa o ile a tsebahala e le “’metli oa mapolanka.” Jehova o batla hore bo-ntate ba tšoane le Josefa, kaha Josefa o ba behetse mohlala o motle oa ho ba sebete, ho tšepahala le ho ba mosa. O ile a sireletsa lelapa la hae, a le hlokomela ’me a le ruta le ka Jehova.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Josefa o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Maria e ne e le morali oa Heli, joale ke hobane’ng ha Luka 3:23 e re Josefa e ne e le “mora oa Heli”? (w17.08 32 ¶4)
2. Ke hobane’ng ha Josefa a sa ka a robala le Maria pele Jesu a tsoaloa? (w03 12/15 5 ¶5)
3. Ke eng e bontšang hore Josefa o ne a sebetsa ka thata? (ia 166-167 ¶15-18) A
Setšoantšo A
4. Ke hobane’ng ha re ka re mohlomong Josefa o shoele pele Jesu a qala tšebeletso ea hae? (w17.07 13 ¶8, nal.)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Josefa o ne a mamela Jehova le hoja ho ne ho se bonolo. Lihlooho tsa malapa li ka ithuta’ng mohlaleng oa hae? (Mat. 1:20, 24; 2:13-15, 19-21)
Ke’ng seo re ithutang sona mohlaleng oa Josefa ka ho beha Jehova pele bophelong ba rona? (Luka 2:41) B
Setšoantšo B
U ka etsisa sebete seo Josefa a ileng a se bontša ka litsela life tse ling?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Josefa eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Videong ena, hlokomela kamoo Josefa a ileng a etsa seo Jehova a itseng a se etse.
A “Etsa Kamoo Lengeloi la Jehova le Neng le mo Laetse Kateng” (4:39)
Re ka etsisa Josefa le Maria joang ha ’muso o fana ka molao o se nang toka kapa o re thatafalletsang bophelo?