Litšupiso Tsa E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo—Karolo ea 3
KHAOLO EA 41
“Jehova o ne a ba Nka ba Lokile”
it “Ho Hloka Molato” ¶2
Ho Hloka Molato
Ha poleloana ena “ho hloka molato” e sebelisoa ha ho buuoa ka batho, kamehla re lokela ho e utloisisa ho latela maemo ao e sebelisitsoeng ho ’ona. Ha Jobo a ne a utloile bohloko o ile a ba le maikutlo a fosahetseng ka Jehova, Molimo ea Matla ’Ohle a nka hore o felisa batho ba se nang molato le ba khopo ka tsela e tšoanang. (Jobo 9:20-22) Ntate oa Johanne Mokolobetsi, e leng Zakaria, le eena ha aa ka a kholoa mantsoe ao Jehova a ileng a a bua a sebelisa lengeloi Gabariele. (Lu 1:18-20) Leha ho le joalo, Bibele e re Jobo le Zakaria ke batho ba se nang molato, hobane ba ne ba tšepahalla Jehova ho latela kamoo a neng a lebeletse hore batho ba sa phethahalang ba mo tšepahalle kateng.—Job 1:1; Lu 1:6.
it “Gabariele” ¶2-3
Gabariele
Gabariele le Mikaele ke ’ona feela mangeloi a boletsoeng ka mabitso ka Bibeleng. Hape, Gabariele ke lona feela lengeloi le ileng la tla ka sebopeho sa motho le ho ipolela lebitso. Gabariele o ile a hlaha ho Daniele ka makhetlo a mabeli. Ka lekhetlo la pele o ne a le pel’a Noka ea Ulai “ka selemo sa boraro sa puso ea Morena Belshatsare” ho tla hlalosetsa Daniele pono ea phooko le ramo. (Dan 8:1, 15-26) Ka lekhetlo la bobeli, o ile a hlaha “ka selemo sa pele sa puso ea Dariuse” oa Momede ho tla fana ka boprofeta ba “libeke tse 70.” (Dan 9:1, 20-27) Gabariele o ile a hlaha ho moprista Zakaria ho mo bolella litaba tse monate tsa hore eena le mosali oa hae, Elizabetha, le hoja ba se ba tsofetse ba tla ba le mora ea tla bitsoa Johanne (Mokolobetsi). (Lu 1:11-20) Gabariele o ile a boela a hlaha ho Maria, moroetsana ea neng a behelelitsoe ke Josefa, a re ho eena: “Lumela uena ea hlohonolofetseng, Jehova o na le uena.” O ile a boela a mo bolella hore o tl’o tsoala mora, e leng Jesu, ’me o tla bitsoa “Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. Jehova o tla mo fa terone ea ntate oa hae Davida, puso ea hae e ke ke ea fela.”—Lu 1:26-38.
Ka Bibeleng re ithuta hore har’a mangeloi a leholimong, Gabariele ke le leng la mangeloi a nang le boemo bo phahameng haholo ebile ke “ea lulang a le haufi le Molimo.” O ne a “rometsoe” ke Molimo hore a tlise melaetsa ea bohlokoa ho bahlanka ba Jehova lefatšeng. (Lu 1:19, 26) Re boetse re ithuta hore ha a ne a tla ka sebopeho sa motho, ntho eo e ne e tsamaisana le lebitso la hae le bolelang “motho ea kang monna.”—Dan 8:15.
it “Johanne” ¶1
Johanne
[Lebitso lena le tšoana le lebitso Johanane, ’me le bolela “Jehova o Bontšitse Mohau; Jehova o Bile Mosa”].
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Luka
1:62—Na Zakaria e ile ea e-ba semumu le tsebe-tutu? Che. Ke ho bua feela ho ileng ha ameha. Ba bang ba ile ba mo botsa “ka lipontšo” hore na o ne a batla hore ngoana a rehoe mang empa eseng hobane Zakaria a ne a sa utloe. Ho ka etsahala hore ebe o ile a utloa seo mosali oa hae a neng a se buile ka ho rehoa ha mora oa bona lebitso. Mohlomong ba bang ba ile ba bua ka matsoho ha ba botsa Zakaria ka sena. Taba ea hore o ne a lokela ho thusoa feela hore a tsebe ho bua hape e bontša hore o ne a ntse a utloa litsebeng.—Luka 1:13, 18-20, 60-64.
Jehova o Tla u Matlafatsa Joang?
10 Jehova a ka sebelisa Bakreste-’moho le rona ho re matlafatsa. Ba ka re ‘tšelisa haholo’ ha re hlahetsoe ke bothata bo itseng kapa re utloa ho le thata ho etsa mosebetsi oo re o fuoeng. (Bakol. 4:10, 11) Re hloka metsoalle haholo “linakong tsa mahlomola.” (Liprov. 17:17) Ha re se na matla, bana ba bo rona ba ka re fa lintho tseo re li hlokang, ba re tšelisa le ho re khothatsa e le hore re ’ne re sebeletse Jehova ka botšepehi. Hlokomela hore na Maria ’mè oa Jesu o ile a matlafatsoa ke batho ba bang joang.
11 Maria o ne a hloka ho matlafatsoa. U se u ka inahanela hore na o ne a imetsoe hakae kelellong ka mor’a hore lengeloi le bitsoang Gabariele le mo fe boikarabelo bo boima. O ne a tl’o ima empa a e-s’o nyaloe. O ne a sa tsebe hore na ke ntho e joang ho holisa ngoana empa o ne a tlameha ho hlokomela ngoana eo hamorao e neng e tla ba Mesia. Hape kaha o ne a e-s’o ka a etsa thobalano, ebe o ne a tla qala kae ha a bolella Josefa, monna ea neng a tl’o mo nyala hore o imme?—Luka 1:26-33.
12 Maria o ile a etsa’ng e le hore a fumane matla ao a a hlokang bakeng sa ho phetha boikarabelo bo sa tloaelehang le bo boima boo a neng a bo fuoe? O ile a batla thuso ho batho ba bang. Ka mohlala, o ile a kopa Gabariele hore a mo fe litaba tse eketsehileng mabapi le boikarabelo bona. (Luka 1:34) Ka mor’a moo, o ile a nka leeto le lelelele ho ea “motseng oa Juda e leng sebaka se lithaba,” a etela Elizabetha eo a amanang le eena. Leeto leo le ile la mo tsoela molemo. Elizabetha o ile a babatsa Maria a ba a susumetsoa ke moea oa Jehova hore a mo bolelle boprofeta bo khothatsang ka mora oa Maria ea e-s’o hlahe. (Bala Luka 1:39-45.) Maria o ile a re Jehova “o entse lintho tse kholo ka letsoho la hae le matla.” (Luka 1:46-51) Jehova o ile a matlafatsa Maria a sebelisa Gabariele le Elizabetha.
13 Le uena u ka matlafatsoa ke Bakreste-’moho le uena joaloka Maria. Morali oa bo rona Dasuri oa Bolivia le eena o ne a hloka ho matlafatsoa. Ntate oa hae o ile a tšoaroa ke lefu le sa foleng. Ha a ntse a le sepetlele, Morali oa bo rona Dasuri o ile a leka kahohle-hohle ho mo hlokomela. (1 Tim. 5:4) Ka linako tse ling o ne a imeloa. O re: “Ka makhetlo a mangata ke ne ke utloa hore kannete ha ke sa khona.” Qalong ha aa ka a kopa thuso hobane o re: “Ke ne ke sa batle ho khathatsa Bakreste-’moho le ’na. Ke ne ke itjoetsa hore ke Jehova ea tla nthusa. Empa hamorao ka hlokomela hore ha ke ikarola ho batho ba bang, ke ne ke leka ho itharollela mathata a ka ke le mong.” (Liprov. 18:1) Morali oa bo rona Dasuri o ile a etsa qeto ea ho ngolla e meng ea metsoalle ea hae le ho e hlalosetsa hore na o tšoere mathata a makae. O re: “Ke sitoa le ho hlalosa hore na bana beso bao ke ba ratang ba ile ba ’matlafatsa hakae. Ba ile ba tlisa lijo sepetlele le ho mpalla Mangolo a tšelisang. Ha ho na ntho e thabisang ho feta ho tseba hore ha re bang. Re karolo ea lelapa le leholo la Jehova ’me bana ba bo rona ba ikemiselitse ho re thusa, ho lla le rona le ho re khothatsa e le hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova.”
14 Jehova o boetse o sebelisa baholo ho re fa matla. Baholo ke limpho tseo a li sebelisang ho re matlafatsa le ho re khatholla. (Esa. 32:1, 2) Kahoo, ha u utloa u tšoenyehile, bua le baholo ka lintho tse u tšoenyang. U se ke oa tsila-tsila ho amohela thuso eo ba u fang eona. Jehova a ka ba sebelisa ho u matlafatsa.
KHAOLO EA 42
O Ile a ba le Sebete sa ho Amohela Boikarabelo bo Boholo
Buka eo u ka e Tšepang—Karolo ea 6
Litlaleho tsa Bibele li boetse li bua ka liketsahalo tsa bohlokoa tse etsahetseng mehleng ea Baroma. Ha Bibele e bua ka nako ea ho tsoaloa ha Jesu, e re: “Joale matsatsing ao ha tsoa molao-taelo ho Cesare Augustase oa hore lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona le ngolisoe; (ngoliso ena ea pele e ile ea etsahala ha Kuirinease e ne e le ’musisi oa Syria;) ’me batho bohle ba qala ho tsamaea ho ea ngolisoa, e mong le e mong motseng oa habo.”—Luka 2:1-3.
Tacitus le rahistori oa Mojuda ea bitsoang Josephus ba bua ka Kuirinease. Ho na le bopaki bo tiisang hore ngoliso e joalo e ile ea etsahala, bo fumanoang taelong ea ’musisi oa Moroma e bolokiloeng Laebraring ea Brithani. E baleha tjena: “Kaha joale nako ea ho bala sechaba ka ntlo le ntlo e fihlile, ho hlokahala hore bohle, bao ka mabaka a itseng ba sa luleng literekeng tsa habo bona, ba qobelloe ho khutlela ha habo bona.”
O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
4 Ha se Josefa le Maria feela ba neng ba le leetong. Cesare Augustase o ne a sa tsoa ntša taelo ea hore batho ba ngolisoe ’me ba ne ba lokela ho ea ngolisetsoa metseng eo ba hlahetseng ho eona. Josefa o ile a etsa joang? Bibele e re: “Ka ho hlakileng, Josefa le eena o ile a tloha Galilea, motseng oa Nazaretha, a kena Judea, motseng oa Davida, o bitsoang Bethlehema, kahobane e ne e le setho sa ntlo le sa lelapa la Davida.”—Luka 2:1-4.
5 Ha ho makatse hore ebe Cesare o ile a ntša taelo ena ka nako eo. Boprofeta bo ngotsoeng lilemong tse ka bang 700 pele ho moo bo ne bo boletse hore Mesia o ne a tla tsoalloa Bethlehema. Ho ne ho e-na le motse o bitsoang Bethlehema lik’hilomithara tse ka bang 11 feela ho tloha Nazaretha. Leha ho le joalo, boprofeta boo bo ne bo boletse ka ho toba hore Mesia o tla tsoalloa “Bethlehema Efratha.” (Bala Mikea 5:2.) E le hore ba fihle motseng ona o monyenyane ho tloha Nazaretha, batsamai ba ne ba lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 130 tseleng e maralla ba feta Samaria. Motse ona ke oona Bethlehema eo Josefa a ileng a lokela ho ea ho eona, moo leloko la habo Morena Davida le neng le le hona teng—e leng leloko la Josefa le Maria.
6 Na Maria o ne a tla tšehetsa qeto ea Josefa ea hore ba nke leeto leo? ’Nete ke hore leeto lena le ne le tla ba boima haholo ho Maria. Ho ka etsahala hore e ne e le mathoasong a hoetla, kahoo ho ne ho ka na lipula tsa melupe ha nako ea komello e ntse e fela. Ho feta moo, Bethlehema e ne e le qhooeng e bophahamo ba limithara tse fetang 760—ho ea teng ho ne ho nyolosetsa ’me e le leeto le boima la matsatsi a ’maloa. Mohlomong le ne le tla nka matsatsi a mangata ho feta moo hobane ho ne ho ka ’na ha hlokahala hore Maria a tsamaee a phomola ka lebaka la boemo ba hae. Nakong eo, ho feta leha e le neng, ho ka etsahala hore mosali e mocha a batle ho ba haufi le hae, haufi le ba lelapa le metsoalle e neng e tla ba malala-a-laotsoe hore e mo thuse ha mahlaba a pelehi a qala. Ha ho pelaelo hore ho ne ho hlokahala sebete hore a nke leeto lena.
7 Leha ho le joalo, Luka o re Josefa o ile a tloha e le “hore a ngolisoe le Maria.” Hape o re Maria o ne a “nehiloe [Josefa] hore a mo nyale joalokaha ho ne ho tšepisitsoe.” (Luka 2:4, 5) Kaha e ne e se e le mosali oa Josefa, sena se ile sa susumetsa liqeto tsa Maria haholo. O ne a nka monna oa hae e le hlooho ea hae litabeng tsa borapeli ’me a amohetse karolo eo Molimo a mo fileng eona ea ho ba mothusi oa hae ka hore a tšehetse liqeto tsa hae. Kahoo, ka hore a mamele monna oa hae feela, o ile a hlola se neng se ka leka tumelo ea hae.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Luka
2:35—“Sabole e telele” e ne e tla phunyeletsa moeeng oa Maria joang? Sena se bolela ho nyahama hoo Maria a neng a tla ho utloa ha a bona batho ba bangata ba sa amohele Jesu e le Mesia le bohloko boo a neng a tla bo utloa ka lebaka la lefu la Jesu le bohloko.—Johanne 19:25.
U Batla ho Tsejoa le ho Ratoa ke Mang?
14 Na Jehova o ile a tsoela pele ho bontša hore o tseba Maria ea ileng a hlokomela Mora oa hae le ho mo holisa? E! Jehova o ile a tlaleha mantsoe a Maria le liketso tsa hae ka Bibeleng. Mohlomong Maria ha aa ka a atleha ho tsamaea le Jesu nakong ea tšebeletso ea hae e nkileng lilemo tse tharo le halofo. Kaha e ne e le mohlolohali, mohlomong o ne a lokela ho sala Nazaretha. Le hoja a ile a lahleheloa ke menyetla e mengata, o ile a ba le Jesu nakong ea lefu la hae. (Joh. 19:26) Hamorao Maria o ne a le Jerusalema a e-na le barutuoa matsatsi a etellang pele Pentekonta ha ba ne ba amohela moea o halalelang. (Lik. 1:13, 14) Ho ka etsahala hore ebe le eena o ile a tlotsoa ka moea o halalelang. Haeba ho joalo, taba ena e bolela hore o tla ba le Jesu ka ho sa feleng leholimong. Maria o ile a putsoa ka lebaka la ho phetha tšebeletso ea hae ka botšepehi.
Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?
Likosepele ha li bue hakaalo ka Maria ntle le moo ho buuang ka tsoalo ea Jesu le ha a ntse a hola. Leha ho le joalo, rea tseba hore Maria le Josefa ba ile ba e-ba le bana ba bang ba tšeletseng kapa ho feta. Mohlomong taba ena e ea u makatsa. Leha ho le joalo, nahana ka seo Likosepele li se buang.
Josefa o ne a e-na le tlhompho e tebileng bakeng sa tlotla eo Maria a neng a e filoe ea ho beleha Mor’a Molimo. Ka lebaka leo, o ile a qoba ho kopanela liphate le eena pele Jesu a tsoaloa. Matheu 1:25 e re Josefa “ha aa ka a kopanela liphate le eena ho fihlela a tsoetse mora.” Mantsoe a reng “ho fihlela” temaneng ena a bontša hore ka mor’a hore Jesu a tsoaloe, Maria le Josefa ba ile ba kopanela liphate ka tsela e tloaelehileng joaloka monna le mosali. Tlaleho ea Likosepele e re ka lebaka leo, Maria le Josefa ba ile ba ba le bana ba bang, ba banana le ba bashanyana. Jakobo, Josefa, Simone le Judase e ne e le barab’abo Jesu. Maria o ne a e-na le barali ba babeli kapa ho feta moo. (Matheu 13:55, 56) Leha ho le joalo, o ile a emola bana bao ka tsela e tloaelehileng.
Maria o ne a nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa. Le hoja ka Molao e ne e se tlamo hore basali ba be teng moketeng oa Paseka, ka tloaelo Maria o ne a felehetsa Josefa ho nka leeto la ho ea Jerusalema moketeng. (Luka 2:41) Mohlomong seo se ne se bolela hore selemo le selemo ba ne ba tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 300 ho ea le ho khutla—ka lelapa le ntseng le eketseha! Empa ha ho potang hore lelapa lohle le ne le thabela ketsahalo ea mofuta oo.
Ho na le basali ba bangata kajeno ba etsisang mohlala oo o motle oa Maria. Ba sebetsa ka thata le hona ka tsela e se nang boithati ha ba phetha boikarabelo ba bona ba Mangolo. Ka makhetlo a mangata basali bana ba itetseng ba bontša tiisetso, mamello esita le boikokobetso! Ho nahana ka mohlala oa Maria ho ba thusa hore ba nke lintho tsa moea e le tsa bohlokoa ho feta takatso ea bona ea ho phela bophelo bo mabothobotho le bo monate. Baa tseba hore ho rapela Molimo ba e-na le banna ba bona le bana ho matlafatsa lelapa ebile hoa le momahanya, e leng ’nete eo e tlamehang ebe Maria le eena o ne a e tseba.
KHAOLO EA 43
E ne e le Ntate ea Sebete
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Bangoli ba libuka tsena ba boetse ba ngotse ka litsela tse sa tšoaneng, ba bua ka leloko leo Jesu a hlahang ho lona. Matheu o ile a batlisisa ka baholo-holo ba Josefa ’me a fumana hore mora oa Josefa e leng Jesu, e tla ba eena mojalefa boreneng ba Davida. Hobane’ng? Hobane Josefa e ne e le setloholo sa Solomone, mora oa Davida. (Mat. 1:6, 16) Empa Luka eena o ile a batlisisa ka baholo-holo ba Maria ’me a fumana hore Jesu e ne e le eena mojalefa “ho ea ka nama” boreneng ba Davida. (Bar. 1:3) Hobane’ng? Hobane Maria e ne e le setloholo sa Nathane, mora oa Davida. (Luka 3:31) Empa ke hobane’ng ha Maria a sa hlahe e le morali oa ntat’ae Heli, lethathamong la leloko la habo le hlahang Bukeng ea Luka? Hobane hangata melokong, ho hlaha batho ba batona feela. Kahoo, ha Luka a ne a bua ka Josefa a re ke mora oa Heli, o ne a bolela hore ke mokhoenyana oa Heli.—Luka 3:23.
Ho Ithuta Lelapeng Labo Jesu la Lefatšeng
Josefa ha aa ka a kopanela liphate le Maria ho fihlela a belehile mora oa hae. (Matheu 1:25) Ho banyalani bana ba bacha, ho se kopanele liphate e ne e ka ’na ea e-ba bothata, empa ho hlakile hore ba ne ba sa batle hore ho be le pherekano ea hore na ke mang eo e hlileng e leng Ntate oa lesea lena. See ke mohlala o motle hakaakang oa boitšoaro! Josefa o ne a etsa hore lintho tsa moea li tle pele ho litakatso tsa hae tsa tlhaho.
O Ile a Sireletsa, a Hlokomela a ba a Tiisetsa
15 Ba ne ba phela bophelo bo sa rarahanang—empa ho ne ho se bonolo. Bibele e re Josefa e ne e le ’metli oa mapolanka, e leng poleloana e akarelletsang litsela tse ngata tsa ho sebetsa ka lepolanka, tse kang ho rema lifate, ho li hula le ho li omisa e le hore li sebelisoe ha ho hahoa matlo, liketsoana, marokho, likariki, mabili, lijoko le lisebelisoa tsa ho lema tsa mefuta-futa. (Mat. 13:55) E ne e le mosebetsi oa matsoho o boima. Hangata ’metli oa mapolanka oa mehleng ea Bibele o ne a sebeletsa haufi le monyako oa ntlo ea hae ea boemo bo tlase kapa ntlong e ka thoko.
16 Josefa o ne a sebelisa lithulusi tsa mefuta-futa, tse ling mohlomong e le tseo a li filoeng ke ntate oa hae. Mohlomong o ne a sebelisa sekoere, choko, selepe, sakha, ase, hamore, noto, lichesele, elese, likhomaretsi tse fapa-fapaneng, mohlomong le lipekere, le hoja li ne li le theko e boima.
17 Nahana ka Jesu ha e sa le moshanyana ’me a shebeletse ntate oa hae ea mo holisang a sebetsa. A tonne mahlo ’me a shebile ka hloko sohle seo Josefa a neng a se etsa, ha ho pelaelo hore o ne a tsota kamoo ntate oa hae a neng a shahlile kateng, a sebetsa ka matla ka matsoho a hae le kamoo a neng a le bohlale kateng. Mohlomong Josefa o ile a qala ho ruta mora oa hae e monyenyane mesebetsi e bonolo e kang ho tlosa makukuno a lepolanka ka letlalo le omisitsoeng la tlhapi. Mohlomong o ile a ruta Jesu phapang pakeng tsa mapolanka a sa tšoaneng ao a neng a a sebelisa—ka mohlala, a sikamore, a eike, kapa a mohloaare.
18 Jesu o ne a tseba hore le hoja ntate oa hae a ne a le matla hoo a neng a rema lifate, a etsa maballo le ho otlella mapolanka, o ne a boetse a le bonolo, a hlokomela eena, ’mè oa hae le banab’abo ka lerato. Josefa le Maria ba bile le lelapa le leholo le ileng la qetella le e-na le bana ba tšeletseng ntle ho Jesu. (Mat. 13:55, 56) Josefa o ile a tlameha ho sebetsa ka thata haholo e le hore a ba hlokomele le ho ba fepa.
w17.07 13 ¶8, nal.
“Llang le Batho ba Llang”
8 Ha a sa le mocha, o ile a hlokahalloa ke litho tsa lelapa le metsoalle. Ho bonahala hore Josefa, e leng ntate oa hae, o ile a hlokahala ha Jesu a sa le mocha haholo. Nahana hore na Jesu ea neng a le mocha ka nako eo, o ne a ikutloa joang ka mor’a ho hlokahalloa ke ntate a bile a lokela ho tšelisa ’mè oa hae le banab’abo.
[Naletsana]
Bibele e bua ka Josefa ka lekhetlo la ho qetela ha Jesu a le lilemo li 12. Ha Jesu a etsa mohlolo oa pele oa ho fetola metsi veine, ha ho moo ho buuoang ka Josefa ka nako eo kapa liketsahalong tse ling. Ha Jesu a le thupeng ea tlhokofatso, o ile a re moapostola Johanne a sale a hlokomela ’mè oa hae. Jesu a ka be a sa cho joalo haeba Josefa a ne a ntse a phela.—Joh. 19:26, 27.
Na u “Itokiselitse ho Mamela”?
9 Batho ba bangata ba lumellana le taba ea hore re hloka mebuso le hore re lokela ho mamela e meng ea melao ea “balaoli ba phahameng.” (Bar. 13:1) Leha ho le joalo, bona batho bao ba ka ’na ba e-ba leqe ho mamela molao oo ba sa o rateng kapa oo ba utloang eka ha o na toka. Ka mohlala, nahana ka taba ea ho patala lekhetho. Naheng e ’ngoe ea Europe, ho batho ba bang le ba bang ba bane ba ileng ba botsoa lipotso, a le mong o ne a lumela hore “ho nepahetse ho se patale lekhetho haeba u nahana hore ho le patala ke ho hloka toka.” Ha ho makatse hore ebe baahi ba naha eo ba patala karoloana e itseng feela ea lekhetho leo ba lokelang ho le patala ’muso.
10 Bibele ea bontša hore mebuso ea lefatše e sotla batho, e laoloa ke Satane le hore haufinyane e tla felisoa. (Pes. 110:5, 6; Moek. 8:9; Luka 4:5, 6) E boetse e re “ea hanyetsang bolaoli o hanyetsa seo Molimo a se thehileng.” Hona joale Jehova o ntse a lumeletse balaoli ba phahameng hore ba buse e le hore lintho li ’ne li be taolong ’me o lebeletse hore re ba mamele. Ka hona, re lokela ho ‘fa bohle tse ba lokelang.’ Lintho tseo li akareletsa lekhetho, tlhompho le ho mamela. (Bar. 13:1-7) Re ka ’na ra utloa ho le thata ho mamela molao o itseng, ra bona o se na toka kapa o re hloka chelete e ngata hore re o mamele. Empa re mamela Jehova ’me ke eena ea reng re mamele balaoli bana ba phahameng hafeela ba sa re re tlole melao ea hae.—Lik. 5:29.
11 Re ka ithuta ho mamela mohlaleng oa Josefa le Maria. Ba ne ba ikemiselitse ho mamela balaoli ba phahameng leha ho ne ho se bonolo ho etsa joalo. (Bala Luka 2:1-6.) Ha Maria a e-na le likhoeli tse ka bang robong e le moimana, ’muso o ile oa fana ka taelo e neng e tla tlama eena le Josefa hore ba etse ntho e boima haholo. Augustus ea neng a laola libaka tsohle tse tlas’a ’Muso oa Roma, o ile a laela hore batho bohle ba ngolisoe. Josefa le Maria ba ne ba lokela ho ea Bethlehema. Ba ne ba tl’o tsamaea leeto la lik’hilomithara tse 150 libakeng tse maralla. E ne e tl’o ba leeto le boima, haholo-holo bakeng sa Maria. E ka ’na eaba Josefa le Maria ba ne ba tšoenyehile ka hore na Maria le lesea la bona le e-s’o hlahe ba tla sireletseha. Ho ne ho tla etsahala’ng ha ngoana a ne a ka hlaha ba ntse ba le tseleng? Ngoana eo e ne e le Mesia eo esale ba mo lebeletse. Na ba ne ba tla nka taba eo e le lebaka la ho se mamele taelo ea ’muso?
12 Le hoja Josefa le Maria ba ne ba e-na le mabaka a ho tšoenyeha, ba ile ba mamela ho ntse ho le joalo. Kaha ba ile ba mamela, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa. Maria o ile a fihla Bethlehema a bolokehile, lesea la hae la hlaha le phetse hantle a ba a kenya letsoho hore boprofeta ba Bibele bo phethahale.—Mik. 5:2.
13 Ho mamela balaoli ba phahameng ho tla tsoela rona le batho ba bang molemo. Joang? Molemo o mong ke hore ha re mamela re ke ke ra fumana kotlo. (Bar. 13:4) Ho mamela balaoli ba phahameng ho ka ama tsela eo ba shebang Lipaki Tsa Jehova ka eona. Ka mohlala, lilemo tse ngata tse fetileng naheng ea Nigeria, masole a ile a kena Holong e ’ngoe ea ’Muso nakong eo ho ntseng ho tšoeroe liboka, a ntse a batla batho ba hanang ho patala lekhetho. Empa lesole le neng le a okametse la re a tsamaee eaba le re: “Lipaki Tsa Jehova li patala lekhetho.” Kamehla ha u mamela melao ea ’muso, u etsa hore batho ba Jehova ba be le lebitso le letle. Ka le leng taba eo e ka sireletsa bana beno.—Mat. 5:16.
14 Ha se kamehla re ka nolofalloang ho mamela balaoli ba phahameng. Morali oa bo rona Joanna oa United States o re: “Ho ne ho le thata haholo hore ke mamele melao ea ’muso hobane ba bang lelapeng leso ba ne ba kile ba tšoaroa ka ho hloka toka ke ’muso.” Empa Morali oa bo rona Joanna o ile a etsa qeto ea hore o tla fetola tsela eo a nkang ’muso ka eona, a ba a etsa lintho tse latelang ho mo thusa. O ile a tlohela ho bala lintho tseo batho ba bang ba li ngotseng Inthaneteng tse etsang hore a be le maikutlo a fosahetseng ka balaoli ba phahameng. (Liprov. 20:3) O ile a boela a kopa Jehova hore a mo thuse e le hore a mo tšepe ho e-na le ho tšepa mebuso ea batho. (Pes. 9:9, 10) Hape o ile a bala lihlooho tse hlahang lingoloeng tsa rona tse buang ka ho se nke lehlakore. (Joh. 17:16) Hona joale o re ho mamela le ho hlompha balaoli ba phahameng ho entse hore a be le “khotso eo a sitoang ho e hlalosa.”
KHAOLO EA 44
‘Ha ho e Moholo ho mo Feta’
Re u Lome Tsebe?
Jesu le Johanne Mokolobetsi ba ne ba amana joang?
▪ Ba bang ba lumela hore batsoali ba batho bana ba babeli e ne e le bo-motsoala. Sena se bakiloe ke ho fetolela lengolo la Luka 1:36 ka tsela e fosahetseng. Ka mohlala, ho latela Bibele ea Sesotho, temana eo e re Elizabetha, ’mè oa Johanne, le Maria ’mè oa Jesu, e ne e le bo-motsoala.
Leha ho le joalo, ha e le hantle, lentsoe le sebelisitsoeng Segerikeng sa pele temaneng ena ha lea toba. Le bontša feela hore basali bao ba babeli ba ne ba amana, eseng hakaalo-kaalo hore e ne e le bo-motsoala. Joalokaha The Interpreter’s Dictionary of the Bible e hlalosa, “lentsoe le sebelisitsoeng moo le pharaletse haholo hoo ho seng bonolo ho tseba hore na ba ne ba amana joang.” Joale taba ea hore Jesu le Johanne e ne e le bo-motsoala e tsoa hokae? The Catholic Encyclopedia ea araba: “Boitsebiso bohle ba rona mabapi le . . . batsoali ba Maria . . . bo nkiloe mangolong a neano ao e seng karolo ea Bibele.”
Ka hona, Jesu le Johanne ba ne ba amana ka malapa, eseng hakaalo-kaalo hore batsoali e ne e le bo-motsoala.
Na Kannete Johanne Mokolobetsi e ne e le Motho oa Sebele?
Ka Bibeleng, Likosepele li bua ka monna ea bitsoang Johanne Mokolobetsi, ea neng a bua ka ’Muso oa Molimo, Judea. Na tlaleho ea Bibele e buang ka monna eo e nepahetse? Nahana ka sena:
● Bibele e re: “Johanne Mokolobetsi a tla lefeelleng la Judea eaba oa ruta o re: ‘Bakang hobane ’Muso oa maholimo o atametse.’” (Matheu 3:1, 2) Na bo-rahistori ba lumellana le taba ee? Ho joalo.
Rahistori e mong ea phetseng mehleng ea baapostola, e leng Flavius Josephus, o ile a bua ka monna ea bitsoang “Johanne Mokolobetsi,” ea neng “a khothalletsa Bajuda hore e be batho ba lokileng,” ba “inehele ho Molimo,” ’me ba “kolobetsoe.”—Jewish Antiquities, Book XVIII.
● Bibele e re Johanne o ile a khalemela Heroda Antipase, eo e neng e le ’musisi seterekeng sa Galilea le Perea. Heroda o ne a re eena ke Mojuda ea mamelang Molao. Empa Johanne o ile a khalemela Heroda hobane o ne a nyetse Herodiase, mosali oa moholoane oa hae. (Mareka 6:18) Taba ena le eona e tšehetsoa ke bo-rahistori.
Rahistori Josephus o ile a re Antipase “o ile a rata Herodiase” eaba “o mo bolella hore o batla ho mo nyala a sa soabe le ho soaba.” Herodiase o ile a lumela eaba o siea monna oa hae hore a nyalane le Antipase.
● Bibele e re “batho ba Jerusalema, Judea le libakeng tsohle tse potolohileng Jordane ba ne ba ea ho [Johanne] . . . ebe o ba kolobetsa Nokeng ea Jordane.”—Matheu 3:5, 6.
Josephus o boetse o lumellana le taba ena. O ile a ngola a re batho ba ne ba ea ho Johanne ka “bongata” ’me “lintho tseo a neng a ba ruta tsona li ne li ba finyella lipelo haholo [kapa li ba tsosa molota].”
Ho hlakile hore rahistori Josephus ea phetseng mehleng ea baapostola o ne a nka Johanne Mokolobetsi e le motho oa sebele. Kahoo, le rona re ka etsa joalo.
it “Moea” ¶60
Moea
Moea (Spirit) ke matla kapa ntho e susumetsang liketso tsa motho le lipuo tsa hae. Re bona sena tlalehong ea Joshua kaha Bibele e re e ne e le “monna ea nang le bokhoni” (Nu 27:18), ’me ha e bua ka Kalebe e re “o ne a fapane le ba bang,” kaha Baiseraele ba bangata ba ne ba nyahamisitsoe ke tlaleho e mpe ea lihloela tse leshome. (Nu 14:24) Elia e ne e le monna ea sebeletsang Molimo ka cheseho le ka matla ’ohle a hae. Kaha Elisha o ne a tl’o hlahlama Elia, o ile a kopa likarolo tse peli tsa moea o halalelang oo Molimo a neng a o file Elia. (2Ma 2:9, 15) Johanne Mokolobetsi le eena o ile a sebeletsa Molimo ka cheseho le ka matla ’ohle a hae ho tšoana le Elia, ’me sena se ile sa etsa hore Johanne a be le tšusumetso e matla ho bamameli ba hae; ke kahoo Bibele e reng o ne a tla sebetsa “ka moea le matla a tšoanang le a Elia.” (Lu 1:17) Ka lehlakoreng le leng, Solomone o ne a le bohlale a bile a e-na le maruo a mangata hoo mofumahali oa Sheba a ileng “a sala a maketse.” (1Ma 10:4, 5) Kahoo, ka tsela e itseng moea o ka tsosa motho molota (1Kr 5:26; Esd 1:1, 5; Hag 1:14; bapisa le Moe 10:4), oa etsa hore motho ‘a tenehe’ (Ge 41:8; Dan 2:1, 3; Lik 17:16), ‘a tlohele ho halefa’ (Bhl 8:3), a tšoenyehe, a felloe ke matla (Job 7:11; Ps 142:2, 3; bapisa le Joh 11:33; 13:21), ‘a hlasimolohe’ kapa ‘a khothale’ (Ge 45:27, 28; Esa 57:15, 16; 1Ko 16:17, 18; 2Ko 7:13; bapisa le 2Ko 2:13).
Johanne Mokolobetsi e ne e le Mang?
Lefa: Jesu o ile a re “har’a bohle ba kileng ba phela, ha ho e-s’o hlahe mang kapa mang e moholo ho Johanne Mokolobetsi empa motho e monyenyane ’Musong oa maholimo o moholo ho eena.” (Matheu 11:11) Hobane Johanne e ne e se moprofeta feela empa e ne e boetse e le “moromuoa” oa Molimo eo ho builoeng ka eena esale pele. Ha ho mohlanka e mong oa Molimo ea kileng a phela pele ho eena eo ho thoeng o moholo. Mantsoe a Jesu a ile a boela a bontša hore Johanne e ne e ke ke ea e-ba karolo ea ba neng ba tla busa ’Musong oa Molimo. Moprofeta enoa ea tšepahalang o ile a hlokahala pele Kreste a ka bula tsela ea hore batho ba ka ea leholimong. (Baheberu 10:19, 20) Leha ho le joalo, Johanne o tla phela lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo, a e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng.—Pesaleme ea 37:29; Luka 23:43.
Johanne Mokolobetsi ke Mohlala o ka re Thusang Hore re Lule re Thabile
NA HO na le mosebetsi o itseng oo u ka thabelang hore u o fuoe ka phuthehong? Mohlomong hona joale o fuoe motho e mong. Kapa ke oo u neng u o etsa nakong e fetileng. Empa hona joale lintho tse kang, lilemo, bokuli, mathata a lichelete, kapa a lelapa li etsa hore u se ke oa khona ho o etsa. Mohlomong ka lebaka la liphetoho tse ileng tsa e-ba teng ka mokhatlong, u ile oa tlameha ho khaotsa ho etsa mosebetsi oo u neng u o etsa ka lilemo tse ngata. Ho sa tsotellehe hore na mabaka a hao ke afe, e ka ’na eaba hona joale u ikutloa eka ha u sebeletse Jehova ka tsela eo u neng u batla ka eona. Maemong ana, ke ho utloahalang hore ka linako tse ling u ka ikutloa u nyahame. Leha ho le joalo, u ka thusoa ke’ng hore u se ke oa lula u nyahame, u utloile bohloko, kapa u sulafaletsoe? U ka etsa’ng hore u lule u thabile?
Re ka ithuta ntho ea bohlokoa mohlaleng oa Johanne Mokolobetsi e ka re thusang hore re lule re thabile. Johanne o ne a thabela mosebetsi oo a neng a o etsa tšebeletsong ea Jehova, ’me mohlomong o ne a sa lebella lintho tse ileng tsa mo hlahela bophelong. Mohlomong o ne a sa nahane hore o tla ba teronkong nako e telele ho feta nako eo a e qetileng a etsa mosebetsi oa boboleli. Ho ntse ho le joalo, Johanne o ile a khona ho lula a thabile bophelo bohle ba hae. O ile a thusoa ke’ng? Hona re ka etsa’ng hore re lule re thabile le ha re e-na le mathata?
JOHANNE O NE A THABELA MOSEBETSI OA HAE
Nakong ea selemo ka selemo sa 29, Johanne o ile a qala mosebetsi oo Jehova a neng a mo file oona, e leng oa ho phatlalatsa ho tla ha Mesia, ka hore a re: “Bakang, kaha ’muso oa maholimo o atametse.” (Mat. 3:2; Luka 1:12-17) Batho ba bangata ba ile ba amohela molaetsa oa hae. Ha e le hantle, matšoele a batho ba tsoang libakeng tse hole a ne a bokana ho tla mo mamela, ’me a ne a susumetseha ho baka ebe aa kolobetsoa. Ka sebete, Johanne o ne a boetse a bolella baeta-pele ba bolumeli ba ikhohomosang hore ba tl’o timetsoa haeba ba sa bake. (Mat. 3:5-12) Mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo Johanne a ileng a o etsa tšebeletsong ea hae, ke ha a ne a kolobetsa Jesu ka hoetla selemong sa 29. Ho tloha ka nako eo, Johanne o ile a bolella batho bohle hore ba lokela ho latela Jesu kaha ke eena Mesia ea tšepisitsoeng.—Joh. 1:32-37.
Ka lebaka la mosebetsi o khethehileng oo Johanne a neng a o etsa, Jesu o ile a re: “Har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho e-s’o hlahisoe e moholo ho Johanne Mokolobetsi.” (Mat. 11:11) Ha ho tika-tiko hore Johanne o ile a thabela litlhohonolofatso tseo a ileng a li fumana. Joaloka Johanne, ho na le batho ba bangata mehleng ena bao Molimo a ba hlohonolofalitseng. E mong oa bona ke Mor’abo rona Terry. Eena le mofumahali oa hae, Sandra ba se ba qetile lilemo tse ka holimo ho 50 ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Mor’abo rona Terry o re: “Ke bile le mesebetsi e mengata e nthabisang. Ke ile ka ba pula-maliboho, ka ea Bethele, ka ba pula-maliboho e khethehileng, molebeli oa potoloho, molebeli oa setereke, ’me hona joale ke boetse ke pula-maliboho e khethehileng.” Ke ntho e thabisang ho fuoa mosebetsi ka mokhatlong oa Jehova, empa ho lula re thabile ha ho itlele feela, joalokaha re tla bona mohlaleng oa Johanne.
LULA U ANANELA MESEBETSI EO JEHOVA A U FANG EONA
Ntho e ileng ea thusa Johanne Mokolobetsi hore a lule a thabile ke hobane o ne a ananela mosebetsi oo a o fuoeng. A re ke re hlahlobeng mohlala ke ona. Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, balateli ba Johanne ba ile ba fokotseha ha balateli ba Jesu ba ntse ba eketseha. Kaha barutuoa ba Johanne ba ne ba ngongorehile ke taba ena, ba ile ba re ho eena: “Bona, oa kolobetsa ’me bohle ba ea ho eena.” (Joh. 3:26) Johanne o ile a ba araba a re: “Ea nang le monyaluoa ke monyali. Leha ho le joalo, motsoalle oa monyali, ha a ema ’me a mo utloa, o ba le thabo e kholo ka lebaka la lentsoe la monyali. Ka hona thabo ena ea ka e tlatsitsoe.” (Joh. 3:29) Johanne ha aa ka a qothisana lehlokoa le Jesu, hape o ne a sa ikutloe eka mosebetsi oo a o etsang ha o na thuso ha o bapisoa le oa Jesu. Ho e-na le hoo, Johanne o ile a lula a thabile kaha o ne a ananela boemo ba hae ba ho ba “motsoalle oa monyali.”
Tsela eo Johanne a ileng a itšoara ka eona e ile ea mo thusa hore a lule a thabile le hoja mosebetsi oa hae o ne o se bonolo. Mohlala, Johanne e ile ea e-ba Monazari ho tloha a sa le monyenyane, kahoo o ne a sa lumelloa ho noa veine. (Luka 1:15) Ha Jesu a bua ka tsela eo Johanne a neng a phela ka eona, o ile a re: “Johanne o tlile a sa je a sa noe.” Empa Jesu le barutuoa ba hae e ne e se Banazari, kahoo ba ne ba iphelela feela joaloka batho ba bang. (Mat. 11:18, 19) Hape, le hoja Johanne a ne a se na matla a ho etsa mehlolo, o ne a tseba hore barutuoa ba Jesu bao ba bang ba bona e neng e le balateli ba hae pele, ba ne ba fuoe matla a ho etsa mehlolo. (Mat. 10:1; Joh. 10:41) Johanne ha aa ka a lula a bapisa lintho tseo balateli ba Jesu le ba hae ba khonang ho li etsa, empa o ile a phathahana ka mosebetsi oo Jehova a mo fileng oona.
Haeba le rona re thabela mosebetsi oo Jehova a re fileng oona hona joale, re tla lula re thabile. Mor’abo rona Terry eo re buileng ka eena pejana, o re: “Ke ile ka ikakhela ka setotsoana mosebetsing o mong le o mong oo ke neng ke o fuoa.” Ha a hetla morao ’me a sheba lilemo tseo a li qetileng a le tšebeletsong ea nako e tletseng, o re, “Ha ke ikoahlaee ka letho.”
Re tla thabela tšebeletso ea rona haholoanyane haeba re ipha nako ea ho nahanisisa ka hore na ke eng e etsang hore mesebetsi eo re e fuoang ka mokhatlong oa Jehova e ikhethe. E re fa monyetla oa ho ba “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Mpho ea bohlokoa e tla lula e le ntle haeba re lula re e hlokometse, ka tsela e tšoanang, re tla lula re thabile haeba re lula re nahana ka tlotla eo re nang le eona ea ho sebetsa le Jehova. Re ke ke ra bapisa mosebetsi oo re o etsang le oa batho ba bang. Hape, re ke ke ra nka hore mosebetsi oo Jehova a re fileng oona ha se oa bohlokoa hakaalo ha o bapisoa le oa ba bang.—Bagal. 6:4.
LULA U NAHANA KA LINTHO TSEO JEHOVA A NKANG E LE TSA BOHLOKOA
E ka ’na eaba Johanne o ne a tseba hore mosebetsi oa hae e tla ba oa nakoana feela, empa mohlomong o ne a sa nahana hore o tla fela ka tšohanyetso joalo. (Joh. 3:30) Ka selemo sa 30, ha ho se ho fetile likhoeli tse tšeletseng a kolobelitse Jesu, Johanne o ile a tšoaroa ke Morena Heroda. Ho ntse ho le joalo, Johanne o ile a tsoela pele a ntse a ruta batho bao a khonang ho kopana le bona. (Mar. 6:17-20) Ebe o ne a tla thusoa ke’ng hore a lule a thabile le tlas’a maemo aa? O ile a lula a nahana ka tšebeletso ea hae ho Jehova.
Ha Johanne a ntse a le teronkong, o ile a fumana litlaleho tsa hore balateli ba Jesu ba ntse ba eketseha. (Mat. 11:2; Luka 7:18) Johanne o ne a kholisehile hore Jesu ke eena Mesia, empa e ka ’na eaba o ne a ipotsa hore na Jesu o tla khona ho phethahatsa lintho tsohle tse boletsoeng ka Mangolong joang, tse mabapi le Mesia. Kaha Mesia e ne e tl’o ba eena morena, na see se bolela hore Jesu o ne a tl’o busa haufinyane? Na o ne a tla qetella a ntšitse Johanne teronkong? Ha Johanne a ne a batla ho tseba hore na Jesu o tl’o etsa’ng, o ile a roma barutuoa ba hae ba babeli hore ba il’o botsa Jesu, ba re: “Na u Ea Tlang kapa re lokela ho lebella ea fapaneng?” (Luka 7:19) Ha ba khutla, e tlameha ebe Johanne o ne a ba mametse ka hloko ha ba mo hlalosetsa hore Jesu o ile a etsa mehlolo e meholo, eaba o re ba khutlele ho Johanne ba il’o mo tlalehela ho re: “Ba foufetseng baa bona, ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, bafu ba ntse ba tsosoa, mafutsana a ntse a bolelloa litaba tse molemo.”—Luka 7:20-22.
Ha ho potang hore lintho tseo barutuoa ba Johanne ba ileng ba mo bolella tsona li ile tsa mo khothatsa. Li ile tsa mo kholisa hore Jesu o ntse a phethahatsa boprofeta bo mabapi le Mesia. Le hoja Jesu a sa ka a lokolla Johanne teronkong, Johanne o ne a tseba hore ha aa sebeletsa lelea. O ne a e-na le mabaka a ho thaba, le hoja a ne a e-na le mathata.
Joaloka Johanne, haeba le rona re phathahana ka ho sebeletsa Jehova, re tla khona ho mamella mathata ’ohle re thabile. (Bakol. 1:9-11) Ho bala Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona ho ka re thusa ho mamella, ha ba ha re thusa ho bona hore mosebetsi ofe kapa ofe oo re o etsetsang Molimo ke oa bohlokoa. (1 Bakor. 15:58) Morali’abo rona Sandra o re: “Ho bala khaolo e le ’ngoe ea Bibele letsatsi le letsatsi ho nthusitse hore ke rate Jehova haholoanyane. Ho nthusa hore ke lule ke nahana ka eena eseng ka ’na.” Re ka boela ra phathahana ka ho bala litlaleho tsa mesebetsi eo bara le barali babo rona ba ntseng ba e etsa tšebeletsong, kaha seo se tla re thusa hore re khaotse ho lula re nahana ka rona, empa re nahane ka seo mokhatlo oa Jehova o ntseng o se finyella. Morali’abo rona Sandra o re, “lenaneo la khoeli le khoeli la Khaso ea JW le re thusa ho lula re tsamaisana le mokhatlo oa Molimo, hape le re thusa ho lula re thabile mosebetsing oa rona.”
Nako e khutšoanyane eo Johanne Mokolobetsi a e qetileng a ntse a paka ka eona, o ile a paka ka “moea le matla a Elia,” ’me joaloka Elia, e ne e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rona.” (Luka 1:17; Jak. 5:17) Haeba re ka etsisa mohlala oa hae ka ho ananela mosebetsi oo Jehova a re fileng oona le ho phathahana ka oona, le rona re tla lula re thabile tšebeletsong ea rona, ho bata kapa ho chesa.
KHAOLO EA 45
“Ke Moetsalibe”
it “Ho Tsoma le ho Tšoasa Litlhapi” ¶6-7
Ho Tsoma le ho Tšoasa Litlhapi
Ho tšoasa litlhapi. Baheberu ba ne ba nka ho tšoasa litlhapi e le mosebetsi oa ho iphelisa; ba ne ba sa ho nke e le ntho feela ea ho itlhabolla. Batšoasi ba litlhapi ba ne ba sebelisa matlooa, marumo a tšoasang litlhapi, huku le ropo. (Job 41:1, 7; Eze 26:5, 14; Hab 1:15, 17; Mat 17:27) Hangata ba ne ba tšoasa litlhapi bosiu. Ba ne ba lahlela matlooa a bona ba le ka sekepeng, ebe ha ba se ba tšoasitse litlhapi ba hulela matlooa ao lebopong kapa ba a hulele ka sekepeng ebe ba tšollela litlhapi tseo ka moo. Ka mor’a moo, ba ne ba khetha litlhapi. Litlhapi tse ntle tse ka jeoang ho latela Molao li ne li bolokoa; ebe tse mpe li ea lahloa. (Mat 13:47, 48; Lu 5:5-7; Joh 21:6, 8, 11) Batšoasi ba litlhapi ba ne ba lahlela matlooa a bona a manyenyane ba tsamaea ka metsing kapa ba eme lebopong.—Sheba DRAGNET.
Batšoasi ba litlhapi ba ne ba sehla ka thata. Ba ne ba lokela ho sebelisa matla a bona haholo nakong eo ba lokelang ho hula matlooa a tletseng litlhapi kapa ha ba soka sekepe (Joh 21:6, 11) ’me ba sitisoa ke moea o matla o ba hulelang morao. (Mar 6:47, 48) Ka linako tse ling batšoasi ba litlhapi ba ne ba sebetsa bosiu kaofela empa ba sa tšoase letho. (Lu 5:5; Joh 21:3) Ka mor’a moo, matlooa a ne a lokela ho anehoa le ho lokisoa.—Eze 47:10; Mat 4:21.
11 Re se re buile ka hore na ke joang Jehova a tšoanang le lefika. Hona joale re tl’o ithuta hore na re ka mo etsisa joang. Haeba re leka ka matla ho etsisa Jehova, re tla khona ho matlafatsa bana ba bo rona ka phuthehong. Jesu o ile a reha Simone Kefase (eo ha e fetoleloa e leng “Petrose”), e bolelang “Lefika.” (Joh. 1:42) Sena se ne se bontša hore Petrose o ne a tla tšelisa Bakreste-’moho le eena le ho ba matlafatsa tumelong. Ka tsela e tšoanang, Bibele e hlalosa baholo e le “moriti oa lefika le leholo.” Sena se bolela hore ba sireletsa phutheho. (Esa. 32:2) Leha ho le joalo, kaofela ha rona ka phuthehong re rua molemo ha re etsisa Jehova.—Baef. 5:1.
“E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
3 Na Jesu o ne a batla hore barutuoa ba hae ba emele batho hore ba itlise ho bona? Che! Ka mor’a hore a tsosoe bafung, Jesu o ile a re ho balateli ba hae ba makholo: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse . . . , le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Kahoo, kaha re balateli ba Jesu, ho na le lintho tse ’nè tseo re lokelang ho li etsa. Re lokela ho etsa batho barutuoa, re ba kolobetse le ho ba ruta. Empa re lokela ho ea ho bona pele. Setsebi se seng sa Bibele se re: “Molumeli e mong le e mong o lokela ‘ho ea’ ho batho, ebang ba hole kapa ba haufi.”—Matheu 10:7; Luka 10:3.
4 Jesu o lebeletse hore barutuoa ba hae ba etse’ng? Na o batla hore e mong le e mong a bolele ka tsela ea hae, kapa o batla hore ba bolele e le sehlopha? Kaha motho a le mong a ke ke a khona ho pakela “batho ba lichaba tsohle,” barutuoa ba hae ba ne ba tla lokela ho paka e le sehlopha. Ke sona seo Jesu a neng a se bolela ha a re barutuoa ba hae e be “batšoasi ba batho.” (Bala Matheu 4:18-22.) Jesu o ne a sa re motšoasi ka mong a itšoasetse litlhapi ka tsela ea hae. Ho e-na le hoo, o ne a re ba li tšoase ka matlooa. E le hore ba atlehe ho li tšoasa, ba ne ba lokela ho sebetsa hammoho e le sehlopha le hona ka thata, ’me ba hlophisehe.—Luka 5:1-11.
2 Ka mor’a moo, o ile a ba ngoathela eaba o re ho Simone Petrose: “Simone mora oa Johanne, na u nthata ho feta tsee?” Hantle-ntle Jesu o ne a bua ka’ng? Petrose o ne a rata mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi haholo. Kahoo, Jesu o ne a botsa Petrose hore na o rata mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi ho mo feta. Petrose o ile a mo araba a re: “E, Morena, oa tseba hore kea u rata.” (Joh. 21:15) Petrose o ile a fela a bontša hore o rata Jesu. Ho tloha ka nako eo, o ile a phathahana ka ho bolela litaba tse molemo, ’me a thusa phutheho ea Bokreste haholo mehleng ea hae.
O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko
KHAOLO EA MASHOME A MABELI A METSO E ’MELI
A TŠOENYEHILE, Petrose o ile a sheba lifahleho tsa bamameli ba Jesu. Ba ne ba le ka synagogeng ea Kapernauma. Petrose o ne a ahile motseng ona; khoebo ea hae ea ho tšoasa litlhapi e ne e le hona mona, lebopong la Leoatle la Galilea; bongata ba metsoalle ea hae hammoho le ba lelapa le bahoebi-’moho le eena ba ne ba lula mona. Ha ho pelaelo hore Petrose o ne a lakatsa eka batho bao ba habo ba ka talima Jesu ka tsela eo a mo talimang ka eona, ba thabele ho ithuta ka ’Muso oa Molimo ho mosuoe enoa e moholo ka ho fetisisa. Empa ha hoa ka ha e-ba joalo letsatsing leo.
2 Ba bangata ba ile ba khaotsa ho mamela. Ba bang ba ne ba koma-koma, ba hanyetsa seo Jesu a se buang. Empa ntho e ileng ea tšoenya Petrose le ho feta, ke tsela eo barutuoa ba bang ba Jesu ba ileng ba itšoara ka eona. Lifahleho tsa bona li ne li se li sa bontše hore li thabela ho ithuta lintho tsa bohlokoa, ho tseba lintho tse ncha le ho thabela ho tseba ’nete. Ba ne ba se ba teneha ba bile ba halefa. Ba bang ba ile ba ba ba re puo ea Jesu ea tšosa. Ba ne ba se ba sa batle ho mamela ho feta moo ’me ba tsoa ka synagogeng—ba ba ba khaotsa le ho latela Jesu.—Bala Johanne 6:60, 66.
3 Ena e ne e le nako e boima ho Petrose le baapostola ba bang. Letsatsing leo, Petrose o ne a sa utloisisa ka botlalo seo Jesu a se buileng. Ha ho pelaelo hore o ile a hlokomela hore na ke hobane’ng ha mantsoe ao Jesu a a buileng a ka halefisang motho, haeba a sa hlalosoe. Petrose o ne a tla etsa’ng? E ne e se lekhetlo la pele botšepehi ba hae ho Mong’a hae bo lekoa ebile e ne e se la ho qetela. A re ke re bone hore na tumelo ea Petrose e ile ea mo thusa joang hore a hlole liteko tseo ’me a lule a tšepahala.
O Ile a Lula a Tšepahala ha ba Bang ba Kheloha
4 Hangata Petrose o ne a makatsoa ke tsela eo Jesu a etsang lintho ka eona. Ka makhetlo a mangata, Mong’a hae o ne a etsa lintho kapa a bua ka tsela e fapaneng le eo batho ba neng ba e lebeletse. Letsatsi feela pele ho moo, Jesu o ile a fepa letšoele la batho ba likete ka mohlolo. Ka lebaka leo, batho ba ile ba batla ho mo etsa morena. Leha ho le joalo, o ile a makatsa ba bangata eaba oa tloha, a ba a laela barutuoa ba hae hore ba palame sekepe ba ee Kapernauma. Ha barutuoa ba ntse ba tsamaea ka sekepe bosiu, Jesu o ile a ba makatsa hape ka hore a tsamaee holim’a Leoatle la Galilea le ntseng le loebehlana, a ruta Petrose thuto ea bohlokoa ea ho ba le tumelo.
5 Hoseng ba ile ba hlokomela hore letšoele leo le ba setse morao, le tsamaile ka tsela e iphaphathileng ka letša. Leha ho le joalo, ho hlakile hore batho bao ba ne ba labalabela ho bona ha Jesu a ba fepa ka mohlolo hape, eseng hore a ba rute. Jesu o ile a ba khalemela ka matla ka lebaka la hore ba ne ba rata lintho tsa nama. (Joh. 6:25-27) Jesu o ile a tsoela pele a bua ka taba eo ka synagogeng e Kapernauma, moo a ileng a boela a etsa ntho eo ba neng ba sa e lebella ha a leka ho ba ruta thuto ea bohlokoa e thata, empa e le ’nete.
6 Jesu o ne a sa batle hore batho bao ba mo latele hobane feela a ka fana ka lijo tsa nama, empa o ne a batla hore ba mo talime joaloka tokisetso ea moea e tsoang ho Molimo; e le eo bophelo ba hae le lefu la hae li fang batho monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Kahoo, o ile a etsa papiso, a itšoantša le manna, e leng bohobe bo ileng ba theoha leholimong mehleng ea Moshe. Ha ba bang ba mo hanyetsa, o ile a etsa papiso e tobileng, a hlalosa hore, e le hore ba fumane bophelo, ba lokela ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae. Ke nakong ena moo ba ileng ba mo hanyetsa ka matla. Ba bang ba ile ba re: “Puo ena ea tšosa; ke mang ea ka e mamelang?” Barutuoa ba bangata ba Jesu ba ile ba khaotsa ho mo latela.—Joh. 6:48-60, 66.
7 Petrose o ne a tla etsa’ng? E tlameha ebe le eena o ne a tsielitsoe ke mantsoe a Jesu. O ne a e-s’o utloisise hore Jesu o lokela ho shoa e le hore a phethe thato ea Molimo. Na Petrose o ile a ikutloa a batla ho khaotsa ho latela Jesu joaloka barutuoa bao ba sa tsitsang ba ileng ba nyahlatsa Jesu letsatsing leo? Che; Petrose o ne a e-na le tšobotsi ea bohlokoa e neng e etsa hore a fapane le batho bao. E ne e le efe?
8 Jesu o ile a retelehela ho baapostola ba hae eaba o re: “Le lona ha le batle ho tsamaea, na ha ho joalo?” (Joh. 6:67) O ne a bua le ba 12, empa Petrose ke eena ea ileng a araba. Hangata ke eena ea neng a araba pele. E ka ’na eaba Petrose o ne a le moholo ho bona kaofela. Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, ke eena ea neng a atisa ho bua sehlopheng; ho bonahala Petrose a ne a se leqe ho bua seo a se nahanang. Tabeng ena, ntho e neng e le kelellong ea hae, e ne e le mantsoe ana a hlollang le a sa lebaleheng, a reng: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.”—Joh. 6:68.
9 Na mantsoe ao ha a u ame pelo? Tumelo eo Petrose a neng a e-na le eona ho Jesu e ile ea mo thusa hore a be le tšobotsi ea bohlokoa haholo—e leng botšepehi. Petrose o ile a hlakeloa hore Jesu ke eena feela Mopholosi eo Jehova a faneng ka eena ’me Jesu o ile a pholosa batho ka lipolelo tsa hae—e leng lithuto tse mabapi le ’Muso oa Molimo. Petrose o ne a tseba hore le hoja a ne a sa utloisise lintho tse itseng, ho ne ho se moo a ka eang haeba a ne a batla hore a amoheloe ke Molimo le hore a fumane bophelo bo sa feleng.
10 Na ke tsela eo u ikutloang ka eona? Ka masoabi, ba bangata mehleng ena ba bolela hore ba rata Jesu, empa ba hloleha ho tšepahala. E le hore re tšepahale ho Kreste e le kannete, ho hlokahala hore re talime lithuto tsa Jesu ka tsela eo Petrose a neng a li talima ka eona. Re lokela ho ithuta tsona, re utloisise hore na li bolela’ng re be re phele ka tsela e lumellanang le tsona—esita le haeba re sa li utloisise kapa li le khahlanong le lintho tseo re li ratang. Re ka fumana bophelo bo sa feleng boo Jesu a batlang hore re bo fumane hafeela re tšepahala.—Bala Pesaleme ea 97:10.
O Ile a Lula a Tšepahala Leha a Khalemeloa
11 Nakoana ka mor’a nako eo e maphathaphathe, Jesu o ile a nka leeto le lelelele le baapostola ba hae le barutuoa ba bang ba hae ho ea ka leboea. Tlhoro e kupelitsoeng ke lehloa ea Thaba ea Hermone, e neng e le ka leboea ho Naha e Tšepisitsoeng, ka linako tse ling e ne e bonahala leha motho a le Leoatleng la Galilea le metsi a maputsoa. Butle-butle bolelele ba thaba bo ile ba ’na ba bonahala le ho feta ha sehlopha sena se ntse se atamela se nyolosa meepa e lebang metseng e pel’a Cesarea Filipi. Sebakeng sena se setle moo ho neng ho bonahala boholo ba karolo e ka boroa ea Naha e Tšepisitsoeng, Jesu o ile a botsa balateli ba hae potso ea bohlokoa.
12 O ne a batla ho tseba: “Bongata bo re ke mang?” Re ka inahanela feela Petrose a shebile Jesu ea neng a labalabela ho fumana karabo, a boetse a lemoha kamoo Mong’a hae a leng mosa a bileng a leng bohlale haholo kateng. Jesu o ne a thahasella ho tseba hore na bamameli ba hae ba entse qeto efe ka seo ba se boneng le seo ba se utloileng. Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo araba ka ho mo bolella likhopolo tse fosahetseng tseo batho ba neng ba e-na le tsona mabapi le hore na Jesu ke mang. Empa Jesu o ne a sa batle ho tseba seo feela. Na balateli ba hae ba haufi-ufi ba ne ba nahana joalo? O ile a ba botsa: “Leha ho le joalo, lona le re ke mang?”—Luka 9:18-20.
13 Le lekhetlong lena, Petrose o ile a arabela kapele. Ka sebete le ka tsela e hlakileng, o ile a bua seo ba bangata moo ba neng ba se nahanne. O ile a re: “U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.” Re ka inahanela feela ha Jesu a lumela ka ho bososela ’me a babatsa Petrose. Jesu o ile a hopotsa Petrose hore ke Jehova Molimo—eseng motho le ha e le ofe—ea neng a entse hore batho ba nang le tumelo ea sebele ba utloisise ’nete eo ea bohlokoa. Jehova o ne a entse hore Petrose a lemohe ’nete ea bohlokoa ka ho fetisisa eo a neng a e-s’o e senole—e leng ea hore na Mesia kapa Kreste eo e leng khale a letetsoe ke mang!—Bala Matheu 16:16, 17.
14 Kreste enoa e ne e le eena eo boprofeta ba boholo-holo bo neng bo itse ke lejoe leo lihahi li tla le lahla. (Pes. 118:22; Luka 20:17) A hopotse boprofeta boo, Jesu o ile a senola hore Jehova o ne a tla theha phutheho lejoeng leo, kapa lefikeng lona leo Petrose a qetang ho le bolela. Eaba o fa Petrose boikarabelo ba bohlokoa haholo phuthehong eo. Ha aa ka a fa Petrose boemo bo phahametseng ba baapostola ba bang, joalokaha batho ba bang ba nahana joalo, empa o ile a mo fa boikarabelo. O ile a fa Petrose “linotlolo tsa ’muso.” (Mat. 16:19) Boikarabelo ba Petrose e ne e tla ba ho fa batho tšepo ea ho kena ’Musong oa Molimo ho tsoa merabeng e meraro—ho Bajuda pele, e ntan’o ba Basamaria, qetellong e be Balichaba kapa batho bao e seng Bajuda.
15 Leha ho le joalo, hamorao Jesu o ile a bontša hore ba fuoang ho hongata ho tla batloa ho hongata ho bona ’me Petrose e ne e le e mong oa bona. (Luka 12:48) Jesu o ile a tsoela pele ho senola linnete tsa bohlokoa ka Mesia, tse akarelletsang hore haufinyane o tla hlokofatsoa ’me a bolaeloe Jerusalema. Petrose ha aa ka a thabela ho utloa litaba tseo. O ile a nkela Jesu ka thoko eaba o mo khalemela ka matla, o re: “Ikhauhele, Morena; ho hang u ke ke oa ba le qetello ena.”—Mat. 16:21, 22.
16 Ha ho pelaelo hore Petrose o ne a bua seo ka maikutlo a matle, kahoo e ka ’na eaba karabo ea Jesu e ile ea mo makatsa. O ile a furalla Petrose, a sheba barutuoa ba hae—bao e ka ’nang eaba le bona ba ne ba nahana se tšoanang—eaba o re: “Suthela ka mor’a ka, Satane! U khopiso ho ’na, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.” (Mat. 16:23; Mar. 8:32, 33) Le rona re ka latela keletso eo ea Jesu. Ho bonolo hore re lumellane le menahano ea batho ho e-na le menahano ea Molimo. Haeba re etsa joalo, le hoja morero oa rona e le ho thusa, re ka ’na ra iphumana re tšehetsa merero ea Satane eseng ea Molimo. Leha ho le joalo, Petrose o ile a arabela joang?
17 Petrose o ne a tseba hore joang kapa joang Jesu o ne a sa bolele hore ehlile ke Satane Diabolose. Etsoe tsela eo Jesu a neng a bua le Petrose ka eona e ne e sa tšoane le eo a ileng a bua le Satane ka eona. Jesu o ile a re ho Satane: “Tloha”; empa ho Petrose o ile a re: “Suthela ka mor’a ka.” (Mat. 4:10) Jesu ha aa ka a lahla moapostola enoa oa hae eo a neng a bona hore o na le litšobotsi tse ngata tse ntle, o ne a mpa a lokisa tsela e fosahetseng eo a neng a nahana taba ena ka eona. Ho hlakile hore ho ne ho hlokahala hore Petrose a se ke a sitisa Mong’a hae ka ho mo ema ka pele, empa a be ka mor’a hae joaloka molateli ea mo tšehetsang.
18 Na Petrose o ile a etsa khang, a halefa kapa a koata? Che; o ile a amohela khalemelo ka boikokobetso. Kahoo o ile a bontša botšepehi hape. Balateli bohle ba Kreste ba hloka ho khalemeloa ka linako tse ling. Ke feela haeba re amohela khalemelo ka boikokobetso ’me re ithuta ho eona, re ka tsoelang pele ho atamela haufi le Jesu Kreste le Ntate oa hae, Jehova Molimo.—Bala Liproverbia 4:13.
O Ile a Putsoa ka Lebaka la Botšepehi
19 Ka mor’a nakoana Jesu o ile a bua mantsoe a mang a makatsang: “Kannete ke re ho lona ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latsoa lefu pele ba bona Mor’a motho a tla ka ’muso oa hae.” (Mat. 16:28) Ha ho pelaelo hore mantsoe ao a ile a etsa hore Petrose a labalabele ho tseba ho eketsehileng. Ebe Jesu o ne a bolela’ng? Mohlomong Petrose o ne a nahana hore ka lebaka la khalemelo e matla eo a sa tsoa e fuoa, o ne a ke ke a fumana tokelo eo e ikhethang.
20 Leha ho le joalo, hoo e ka bang beke ka mor’a moo, Jesu o ile a nka Jakobo, Johanne le Petrose a nyolohela le bona “thabeng e phahameng”—mohlomong Thabeng ea Hermone e neng e le bohole ba lik’hilomithara tse 25. E ka ’na eaba e ne e se e le bosiu kaha banna bao ba bararo ba ne ba imetsoe ke boroko. Empa ha Jesu a ntse a rapela, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea etsa hore ba hlaphoheloe borokong.—Mat. 17:1; Luka 9:28, 29, 32.
21 Jesu o ile a qala ho fetoha ba ntse ba mo shebile. Sefahleho sa hae se ile sa qala ho khanya, sa benya ho fihlela se khanya joaloka letsatsi. Liaparo tsa hae le tsona li ile tsa e-ba tšoeu ka mokhoa o benyang. Eaba ho hlaha banna ba babeli pel’a Jesu, e mong o ne a tšoantšetsa Moshe ha e mong a tšoantšetsa Elia. Ba ile ba buisana le eena ka “ho tloha ha hae hoo a neng a reretsoe ho ho phethahatsa Jerusalema”—ho bonahala ba ne ba buisana ka lefu le tsoho ea hae. Joale ho ne ho hlakile hore Petrose o ne a fositse ha a ne a hana hore Jesu o ne a ke ke a hlaheloa ke ntho e bohloko joalo!—Luka 9:30, 31.
22 Petrose o ile a ikutloa a tlameha ho kenya letsoho ponong ena e ikhethang—mohlomong a batla hore e nke nako e teletsana. Ho ile ha bonahala eka Moshe le Elia ba tloha ho Jesu. Kahoo Petrose o ile a re: “Morupeli, ho hotle hore re be mona, kahoo a re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe bakeng sa hao ’me e ’ngoe bakeng sa Moshe ’me e ’ngoe bakeng sa Elia.” Ke ’nete hore bahlanka bana ba Jehova bao e leng khale ba shoele, ba tšoantšelitsoeng ponong ena, ba ne ba sa hloke litente. Ha e le hantle Petrose o ne a sa tsebe hore na o bolela’ng. Empa, na ha u utloe u khahloa ke monna eo ea neng a le mafolofolo a bile a le botsoalle?—Luka 9:33.
23 Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba putsoa ka ntho e ’ngoe hape bosiung boo. Leru le ile la bopeha eaba lea ba koahela hona moo thabeng. Ho ile ha tsoa lentsoe ho lona—e leng lentsoe la Jehova Molimo! O ile a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea khethiloeng. Mo mameleng.” Joale pono e ile ea fela ’me ba sala le Jesu thabeng.—Luka 9:34-36.
24 Ka sebele pono eo e ne e le mpho ea bohlokoa ho Petrose, le ho rona! Lilemo tse mashome hamorao o ile a ngola ka tlotla eo, eo a ileng a ba le eona bosiung boo ea ho ba e mong oa “lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang,” le ho bona esale pele ha Jesu e se e le Morena ea khanyang ea busang leholimong. Pono eo e ile ea phethahatsa boprofeta bo bongata bo ka Lentsoeng la Molimo ea ba ea tiisa tumelo ea Petrose bakeng sa liteko tseo a neng a tla kopana le tsona. (Bala 2 Petrose 1:16-19.) Le rona e ka re tiisa, haeba joaloka Petrose re lula re tšepahala ho Mong’a rona eo Jehova a mo khethileng, re ithuta ho eena, re amohela ha a re laea leha a re khalemela re bile re mo latela ka boikokobetso letsatsi le letsatsi.
KHAOLO EA 46
“Ke Bone Morena!”
ijwia sehlooho sa 6 ¶5-6
“Ke Bone Morena!”
Maria o ne a se a lokolohile ’me e ne eka o phela bophelo bo bocha. O ne a ka etsa’ng ho bontša hore o ananela seo Jesu a mo etselitseng sona? E ile ea e-ba molateli oa Jesu ea tšepahalang. O ile a boela a thusa Jesu le baapostola ba hae ka lintho tseo ba neng ba li hloka. Hobane ka linako tse ling ba ne ba hloka lijo, liaparo le moo ba ka robalang teng. Banna bao e ne e se barui ’me ba ne ba sa sebetse ka nako eo. E le hore ba khone ho etsa sohle seo ba ka se khonang tšebeletsong ea Molimo, ba ne ba hloka motho ea tla ba thusa ka seo ba se hlokang.
Maria le basali ba bang, ba ile ba ithaopela ho ba thusa. Bibele e re basali bao ‘ba ne ba ba sebeletsa ka lintho tsa bona.’ (Luka 8:1, 3) Ho ka etsahala hore ba bang ba basali bao, e ne e le barui. Bibele ha e re bolelle hore na ba ne ba ba phehela, ba ba hlatsoetsa liaparo kapa ba ba batlela marobalo metseng e meng. Empa ba ne ba ikemiselitse hore ba thuse batho bao ba ka bang 20 hore ba phethe mosebetsi oa bona. Boiteko ba basali bao, bo ile ba thusa Jesu le baapostola ba hae hore ba phethe mosebetsi oa ho bolela. Maria o ne a batla ho leboha Jesu, empa o ne a tseba hore a ke ke a khona ho mo etsetsa ntho e kholo joaloka eo a neng a mo etsetsa eona. Leha ho le joalo, o ne a thabisoa ke hore o entse sohle seo a ka se khonang.
ijwia sehlooho sa 6 ¶16
“Ke Bone Morena!”
Monna eo ea neng a eme ka pel’a Maria e ne e se mohlokomeli oa serapa. Monna eo e ne e kile ea ba ’metli oa mapolanka, mosuoe le Morena oa Maria. Empa ha aa ka a hlokomela hore na monna eo ke mang. Maria o ne a sa tsebe hore Jesu o ne a tsositsoe bafung. O ne a tsositsoe e le lengeloi le matla eaba o hlaha ho Maria ka ’mele o fapaneng le oo a neng a e-na le oona pele a hlokahala. Kahoo, ka mor’a ketsahalo ena e hlollang ea hore Jesu a tsosoe bafung, batho ba neng ba mo tseba hantle ba ne ba sa hlokomele hore ke eena.—Luka 24:13-16; Johanne 21:4.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Johanne
20:17—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bolella Maria Magdalena hore a khaotse ho mo mamarela? Ho bonahala eka Maria o ile a mamarela Jesu hobane a ne a nahana hore o ne a le mothating oa ho nyolohela leholimong ’me a nahana hore a ke ke a hlola a mo bona hape. E le hore a mo tiisetse hore o ne a e-s’o tsamaee, Jesu o ile a mo bolella hore a khaotse ho mo mamarela empa a ee ho bolella barutuoa ba hae hore o tsohile bafung.
Molimo o fa Basali Tlhompho le Seriti
▪ Jesu o ne a tšepa basali. Makhotleng a Bajuda, bopaki boo mosali a neng a fana ka bona bo ne bo nkoa feela joaloka bopaki ba lekhoba. Josephus, e leng rahistori oa lekholong la pele la lilemo o ile a fana ka keletso ena: “Ho se ke ha nkoa bopaki bo tsoang ho basali hobane ka tlhaho ke batho ba nkang lintho habobebe ebile baa tella.”
Ho fapana le hoo, Jesu o ile a khetha hore basali e be bona ba fanang ka bopaki ba tsoho ea hae. (Matheu 28:1, 8-10) Le hoja basali bana ba tšepahalang e ile ea e-ba lipaki tse boneng ka mahlo ha Morena oa bona a bolaoa le ha a patoa, ho ile ha e-ba thata hore baapostola ba ba kholoe. (Matheu 27:55, 56, 61; Luka 24:10, 11) Leha ho le joalo, ka ho hlaha ho basali bao pele, Kreste ea tsositsoeng o ile a bona hore basali bana le bona ba ntse ba ka fana ka bopaki hantle feela joaloka barutuoa ba bang ba hae.—Liketso 1:8,14.
Maria Magdalena e ne e le Mang?
Karabo e tsoang ka Bibeleng
Maria Magdalena e ne e le molateli ea tšepahalang oa Jesu Kreste. Lebitso la hae e leng Magdalena ho ka etsahala hore le bolela toropo ea Magdala (eo ho ka etsahalang hore ke Magadan), e neng e le Leoatleng la Galilea. E ka ’na eaba Maria o ne a kile a lula moo.
Maria Magdalena ke e mong oa batho ba neng ba tsamaea le Jesu le barutuoa ba hae ’me ba ne ba ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. (Luka 8:1-3) O ile a bona ha Jesu a bolaoa ’me e ne e le e mong oa batho ba pele ba ileng ba ’mona ka mor’a hore a tsosoe.—Mareka 15:40; Johanne 20:11-18.
Na Maria Magdalena e ne e le letekatse?
Ha hona moo Bibele e reng Maria Magdalena e ne e le letekatse, empa e re bolella hore Jesu o ile a ntša bademona ba supileng ho eena.—Luka 8:2.
Joale taba ea hore e ne e le letekatse pele e ba molateli oa Jesu e tsoa hokae? Lilemo tse makholo ka mor’a hore Maria Magdalena a hlokahale, batho ba bang ba ile ba re ke eena mosali eo Bibele e sa bueng ka lebitso la hae (eo e neng e le letekatse) ea ileng a hlatsoa maoto a Jesu ka likeleli tsa hae ’me a a phumola ka moriri oa hae. (Luka 7:36-38) Leha ho le joalo, ha hona moo Bibele e re fang lebaka la hore re lumele taba ena.
Na Maria Magdalena e ne e le “moapostola ho baapostola”?
Che. Kereke ea K’hatholike e bitsa Maria “St. Mary Magdalene” le “moapostola ho baapostola” hobane o ne a le har’a batho ba pele ba ileng ba bolella baapostola hore Jesu o tsositsoe bafung. (Johanne 20:18) Empa sena ha se bolele hore e ne e le moapostola. Ebile le Bibele ha e re e ne e le moapostola.—Luka 6:12-16.
E ka ’na eaba Bibele e qetile ho ngoloa selemong sa 98. Lilemo tse makholo tse fetileng baeta-pele ba likereke ba ile ba etsa qeto ea ho fa Maria Magdalena boemo bo khethehileng le bo phahameng. Ho na le libuka tse ling tse ileng tsa ngoloa lilemong tsa bo 100-300 tse hlalosang hore ba bang ba barutuoa ba Jesu ba ile ba monela Maria Magdalena. Empa libuka tsena ha se karolo ea Bibele. Lipale tsena ke tseo batho ba iketselitseng tsona ’me ha se karolo ea Mangolo a bululetsoeng.
Na Maria Magdalena e ne e le mosali oa Jesu Kreste?
Che. Ha e le hantle Bibele e hlakisa taba ea hore Jesu o ne a sa nyala.
[Lebokose]
Ke bo-Maria ba bakae bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng?
Bibele e bua ka basali ba tšeletseng bao mabitso a bona e leng bo-Maria.
1. ’Mè oa Jesu.—Matheu 1:18.
2. Khaitseli ea Maretha le Lazaro.—Johanne 11:1, 2.
3. Maria Magdalena.—Luka 8:2.
4. ’Mè oa Jakobo le Jose.—Matheu 27:56.
5. ’Mè oa Johanne ea neng a boetse a bitsoa Mareka.—Liketso 12:12.
6. Mokreste oa Roma ea neng a sebetsa ka thata bakeng sa Bakreste ba phutheho ea moo.—Baroma 16:6.
Basali ba Bakreste ba Tšoaneloa ke Tlhompho le Tlotlo
3 Kutloelo-bohloko e mofuthu ea Jesu ho batho e ile ea bonahala ka tsela eo a neng a tšoara basali ka eona. Ka lekhetlo le leng mosali ea neng a e-na le phallo ea mali ka lilemo tse 12 o ile a batla Jesu har’a letšoele. Boemo ba hae bo ne bo mo etsa ea sa hloekang ho ea ka neano, kahoo o ne a sa lokela ho ba moo. (Levitike 15:25-27) Empa o ne a tsielehile hoo a ileng a nyenyelepa ho ea fihla ka mor’a Jesu. Ha a ama seaparo sa hae, o ile a fola hang-hang! Le hoja Jesu a ne a le tseleng a ea lapeng la Jairuse, eo morali oa hae a neng a kula haholo, o ile a ema. Kaha o ile a utloa matla a tsoa ho eena, o ile a qamaka ho mo potoloha ho bona hore na o anngoe ke mang. Qetellong, mosali enoa o ile a tla ’me a itihela pel’a hae a thothomela. Na Jesu o ne a tla mo khobola ka lebaka la ho ba har’a letšoele kapa hobane a amme seaparo sa hae a sa kopa tumello ea hae? Ho e-na le hoo, mosali enoa o ile a fumana hore o mofuthu ebile o mosa. O ile a re: “Morali oa ka; tumelo ea hao e u pholositse.” Lena ke lona feela lekhetlo leo Jesu ka ho toba a ileng a bitsa mosali “morali oa ka.” E tlameha ebe lentsoe leo le ile la mo thoba pelo hakaakang!—Matheu 9:18-22; Mareka 5:21-34.
4 Jesu o ile a hlokomela se fetang feela se boleloang ke Molao. O ile a bona morero oa oona o akaretsang le tlhokahalo ea mohau le kutloelo-bohloko. (Bapisa le Matheu 23:23.) Jesu o ile a hlokomela boemo ba ho tsieleha ba mosali ea kulang ’me a mo nahanela hore o ne a susumetsoa ke tumelo. Ka hona o ile a beha mohlala o motle bakeng sa banna ba Bakreste, haholo-holo balebeli. Haeba khaitseli oa Mokreste a tobane le mathata a botho kapa boemo bo thata ka mokhoa o khethehileng kapa teko, baholo ba lokela ho leka ho sheba ka nģane ho mantsoe kapa liketso tsa nakong eo empa ba nahanele maemo le mabaka. Temohisiso e joalo e ka bontša hore ho hlokahala mamello, kutloisiso, le kutloelo-bohloko ho e-na le keletso le khalemelo.—Liproverbia 10:19; 16:23; 19:11.
5 Kaha ba ne ba tantelletsoe ke lineano tsa bo-rabbi, basali ba neng ba phela ha Jesu a le lefatšeng ba ne ba thibetsoe ho sebeletsa e le lipaki tsa molao. Nahana se ileng sa etsahala nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung hoseng ha la 16 Nisane, 33 C.E. Ke bo-mang bao e neng e tla ba ba pele ba ho bona Jesu ea tsositsoeng le ho pakela barutuoa ba bang hore Morena oa bona o tsositsoe? E bile basali ba neng ba lutse moo ba neng ba ka bona moo a khokhothetsoeng teng ho fihlela a e-shoa.—Matheu 27:55, 56, 61.
6 Hoseng ha letsatsi la pele la beke, Maria Magdalena le basali ba bang ba ile ba ea lebitleng ba nkile linoko bakeng sa ho tlotsa setopo sa Jesu. Ha ba fumana hore lebitla le feela, Maria o ile a matha ho ea bolella Petrose le Johanne. Basali ba bang ba ile ba sala. Kapele, lengeloi le ile la hlaha ho bona ’me la ba bolella hore Jesu o tsositsoe. Lengeloi le ile la ba laela: “Le mpe le phakise le ee ho bolella barutuoa ba hae.” Ha basali bana ba potlakela ho ea bolela litaba, Jesu ka boeena o ile a hlaha ho bona. O ile a ba bolella hore: “E-eang, le bolelle banab’eso.” (Matheu 28:1-10; Mareka 16:1, 2; Johanne 20:1, 2) Maria Magdalena a sa tsebe hore lengeloi le ile la ba teng ’me a aparetsoe ke mesarelo, o ile a khutlela lebitleng le se nang letho. Jesu o ile a hlaha ho eena moo, ’me ka mor’a hore qetellong a mo tsebe, o ile a re: “U mpe u ee ho banab’eso, u re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntat’a lona, ho Molimo oa ka, e leng le Molimo oa lona.”—Johanne 20:11-18; bapisa le Matheu 28:9, 10.
7 Jesu a ka be a hlahile pele ho Petrose, Johanne, kapa e mong oa barutuoa ba hae ba batona. Ho e-na le hoo, o ile a khetha ho etsetsa basali bana molemo ka ho ba etsa lipaki tsa pele tse boneng tsoho ea hae ka mahlo le ka ho ba roma hore ba pake sena ho barutuoa ba hae ba batona. Qalong banna ba ile ba arabela joang? Tlaleho e re: “Taba tsa basali bao tsa e-ba joalo ka tšomo ho bona, ’me ha ba ka ba lumela.” (Luka 24:11) Na ho ka etsahala hore ba fumane ho le thata ho kholoa bopaki boo hobane bo ne bo e-tsoa ho basali? Haeba ho joalo, hamorao ba ile ba fumana bopaki bo bongata ba hore Jesu o tsohile bafung. (Luka 24:13-46; 1 Bakorinthe 15:3-8) Kajeno, banna ba Bakreste ba etsa ka bohlale ha ba nahanela maikutlo a bo-khaitseli ba bona ba moea.—Bapisa le Genese 21:12.
8 Ruri hoa thabisa ho hlokomela tsela eo Jesu a ileng a tšoara basali ka eona. Kamehla o ne a bontša kutloelo-bohloko le ho leka-lekana ka ho feletseng ha a sebelisana le basali, ho se mohla a ba nyelisang kapa a ba nyenyefatsang. (Johanne 2:3-5) O ile a hana lineano tsa bo-rabbi tse neng li ba tlosa seriti ’me li etsa Lentsoe la Molimo lefeela. (Bapisa le Matheu 15:3-9.) Ka ho tšoara basali ka tlhompho le ka tlotlo, Jesu ka boeena o ile a senola kamoo Jehova Molimo a ikutloang kateng mabapi le tsela eo ba lokelang ho tšoaroa ka eona. (Johanne 5:19) Jesu o ile a boela a beha mohlala o motle haholo oo banna ba Bakreste ba lokelang ho o latela.—1 Petrose 2:21.
KHAOLO EA 47
“O Entse Seo a Neng a ka se Khona”
“Ke Lumetse”
5 Maretha o ne a etsa ka hohle hore lintho li tsamaee hantle lapeng le hore baeti ba ikutloe ba amohelehile. Kaha e ne e le mosali ea khothetseng, ho bonahala hangata a ne a lula a le maphathaphathe. Le lekhetlong lena ha Jesu a ne a ba etetse ho ne ho le joalo. Ka potlako o ile a nahana ho lokisetsa moeti oa hae ea ikhethang, mohlomong le ba bang bao a neng a tsamaea le bona, lijo tse khethehileng tsa mefuta-futa. Mehleng eo, kamohelo ea baeti e ne e nkoa e le ntho ea bohlokoa haholo. Ha moeti a fihla, o ne a amoheloa ka ho akoa, a roloa meqathatso, maoto a hae a hlatsuoa ’me hlooho ea hae e tšeloa ka oli e hlasimollang e nkhang hamonate. (Bala Luka 7:44-47.) Ho ne ho etsoa ka hohle hore a lokisetsoe sebaka sa ho robala le lijo tse hlabosang.
6 Maretha le Maria ba ne ba phathahane ka mosebetsi oa ho lokisetsa ketelo ea Jesu. Ha ho pelaelo hore qalong Maria o ile a thusa ausi oa hae, le hoja batho ba bangata ba nahana hore o ne a thahasella ho ithuta ho mo feta. Empa ha Jesu a fihla, lintho li ile tsa fetoha. Jesu o ile a nka nako eo e le monyetla oa hore a ba rute—’me o ile a feela a etsa joalo. Ho fapana le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo, Jesu o ne a hlompha basali ’me a lula a ba ruta ka ’Muso oa Molimo, e leng ntho e ka sehloohong eo a neng a bua ka eona tšebeletsong ea hae. Maria o ile a thabela monyetla oo, eaba o lula maotong a Jesu ’me o mamela ka hloko.
17 Maretha le Maria ba ile ba llela khaitseli ea bona, ba lokisetsa lepato ba ba ba amohela baeti ba bangata ba Bethani le ba tsoang libakeng tse haufi le eona. Leha ho le joalo ba ne ba ntse ba e-s’o utloe letho ho tsoa ho Jesu. E ka ’na eaba Maretha o ne a ipotsa hore na ho etsahala’ng ha a bona meso e ntse e tsoala mesoana. Qetellong ha ho se ho fetile matsatsi a mane ka mor’a hore Lazaro a hlokahale, Maretha o ile a utloela hore Jesu o haufi le motse. Joaloka mosali ea mahlahahlaha, le nakong ena e mahlonoko, Maretha o ile a phahama a matha ho ea kopana le Jesu, a sa bolella le Maria.—Bala Johanne 11:18-20.
Maria o Khetha “Karolo e Ntle”
MEHLENG ea Jesu, basali ba Bajuda ba ne ba khinnoe ke lineano tsa bo-rabi. Kahoo ba ne ba thibeloa ho ithuta Molao. Ha e le hantle, maikutlo a mang a qotsitsoeng ho Mishnah a ne a re: “Haeba monna leha e le ofe a fa morali oa hae tsebo ea Molao ho joalokaha eka o mo rutile boitšoaro bo litšila ba botona le botšehali.”—Sotah 3:4.
Ka lebaka leo, basali ba bangata ba Judea lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa ruteha. The Anchor Bible Dictionary ea bontša: “Ha ho na bopaki ba hore pele ho tšebeletso ea Jesu basali ba Bajuda ba ne ba kile ba lumelloa hore e be barutuoa ba tichere e kholo, ho se ho sa thoe letho ka ho tsamaea le tichere e joalo, kapa ho ruta motho leha e le ofe ntle le bana.” E le ho nyenyefatsa basali le ho feta, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ne ba behile molao o bolelang hore monna ha aa lokela ho bua le mosali phatlalatsa!
Jesu o ile a hlokomoloha boikutlo bo joalo bo bontšang ho se tšabe Molimo. O ne a ruta basali hammoho le banna, ’me har’a balateli ba hae ho ne ho e-na le banna le basali. (Luka 8:1-3) Ketsahalong e ’ngoe Jesu o ile a memeloa hore e be moeti oa Maretha le Maria. (Luka 10:38) Basali bana ba babeli e ne e le likhaitseli tsa Lazaro, ’me boraro ba bona e ne e le barutuoa ba Jesu ebile e le metsoalle e molemo ea hae. (Johanne 11:5) Mohlomong lelapa lena le ne le tumme, ha re nahana ka palo e ngata ea batho ba ileng ba tla ho tla tšelisa Maretha le Maria ha Lazaro a shoele. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, se ileng sa etsahala lelapeng la bona ha Jesu a ne a ba etetse se fane ka thuto ea bohlokoa, eseng ho bona feela empa le ho rona.
Ho Ithuta Maotong a Jesu
Ntle ho pelaelo, Maretha le Maria ba ne ba chesehela ho etsetsa Jesu mokete oa semetletsa, ’me mohlomong ba ne ba ka khona ho etsa seo. (Bapisa le Johanne 12:1-3.) Leha ho le joalo, ha moeti oa bona a fihla, Maria “a lula fatše maotong a Morena ’me a lula a mametse lentsoe la hae.” (Luka 10:39) Ho ne ho se neano ea batho e neng e ka thibela Jesu hore a rute mosali eo ea tšepahalang ea neng a chesehela ho ithuta hakaalo! Re ka nahana ka Maria a lutse ka pel’a Jesu, a le boemong ba morutoana ea thehileng tsebe ka ho feletseng hore a mamele thuto ea Monghali oa hae.—Bapisa le Deuteronoma 33:3; Liketso 22:3.
Re u Lome Tsebe?
Ke hobane’ng ha oli e monko o monate e ileng ea sebelisoa ke Maria e ne e le theko e boima hakaale?
Matsatsi a seng makae pele Jesu a e-shoa, Maria, khaitseli ea Lazaro, o ile “a tla a nkile pitsana ea alabastera ea oli e nkhang hamonate, nareda ea ’nete, e theko e boima haholo,” eaba o e tšela hloohong ea Jesu. (Mareka 14:3-5; Matheu 26:6, 7; Johanne 12:3-5) Tlaleho ea Mareka le ea Johanne e re oli ena e nkhang hamonate e ne e ja lidenari tse 300—hoo e ka bang moputso oa selemo oa mosebetsi ea tloaelehileng.
Oli ee e nkhang hamonate le e theko e boima e ne e entsoe ka eng? Ho nahanoa hore nareda ena e boletsoeng ka Bibeleng e tsoa semeleng se senyenyane se nkhang hamonate (Nardostachys jatamansi) se fumanoang Lithabeng Tsa Himalaya. Hangata nareda e theko e boima e ne e hlapolloa kapa ho etsoa ea boleng bo tlase. Leha ho le joalo, Mareka le Johanne ba sebelisa mantsoe a reng “nareda ea ’nete.” Hore ebe oli ena e nkhang hamonate e ne e le theko e boima hakaalo ho bontša hore e ka ’na eaba e ne e tsoa hole India
Ke hobane’ng ha tlaleho ea Mareka e re Maria o ile “a bula pitsana ea alabastera ka ho e pshatla”? Pitsana ea alabastera e ne e atisa ho ba le molomo o mosesane o neng o ka koaloa hantle ho etsa hore monko o monate o se ke oa tsoa. Bukeng ea hae e bitsoang Discoveries From the Time of Jesus Alan Millard o re: “Ho hlakile hore na mosali eo o ne a thabile hakaakang hore ebe o ile a pshatla [mokhamo oa pitsana eo], a sa emele ho e koaholla hantle, ebe monko oohle o tsoa ka nako e le ’ngoe.” Sena se re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha “ntlo [e ile] ea tlala monko oa oli e nkhang hamonate.” (Johanne 12:3) Ruri e ne e le mpho e theko e boima haholo empa e le e loketseng. Hobane’ng? Mosali enoa ea nang le kananelo o ne a sa tsoa bona ha Jesu a tsosa khaitseli ea hae e ratehang, Lazaro.—Johanne 11:32-45.
w10 11/1 6 ¶4, nal.
Lula u Ananela
Nahana ka seo ba bang ba se entseng hore ba u thuse ’me u bontše hore u ananela boiteko ba bona. Jesu o ile a beha mohlala o ikhethang tabeng ena. Ka mohlala, ha motsoalle oa hae Maria a ne a tšela hlooho ea hae le maoto ka oli e theko e boima, ba bang ba ile ba botsa: “Ke hobane’ng ha ho bile le tšenyo ee ea oli e nkhang hamonate?” Batho bao ba neng ba le khahlanong le seo ba ne ba nahana hore ho ka be ho bile molemo ha oli eo e ne e ka rekisoa eaba chelete ea teng e fuoa ba futsanehileng. Jesu o ile a araba: “Mo tloheleng. Ke hobane’ng ha le leka ho mo khathatsa?” Eaba o phaella ka ho re: “O entse seo a neng a ka se khona.” (Mareka 14:3-8; Johanne 12:3) Ho e-na le hore Jesu a ele hloko seo Maria a sa se etsang, o ile a bontša kananelo ka seo a se entseng.
[Naletsana]
Lekholong la pele la lilemo, ho tšela moeti ka oli hloohong e ne e le pontšo ea hore o amohetsoe ka matsoho a mabeli; athe ho mo tšela maotong hona e ne e le pontšo ea ho ikokobetsa.
Na u Iponahatsa u le ea Lebohang?
Ka ho bonahatsa litšoaneleho tsa Ntate oa hae oa leholimo ka ho phethahetseng, Jesu Kreste o ile a iponahatsa e le ea lebohang lintho tseo ba bang ba neng ba li etsa ka tumelo. Nahana ka se kileng sa etsahala tempeleng e Jerusalema: “Joale eare ha [Jesu] a phahamisa mahlo a bona barui ba akhela limpho tsa bona ka matloleng a polokelo ea matlotlo. Joale a bona mohlolohali ea itseng ea hlokang a akhela licheletana tsa tšepe tse peli tsa bohlokoa bo bonyenyane haholo moo, eaba o re: ‘Kannete kea le bolella, Mohlolohali enoa, le hoja e le mofutsana, o akhetse ho hoholoanyane ho feta hoo bohle ba ho akhetseng. Etsoe bana bohle ba akhetse limpho ho tsoa botlallong ba bona, empa mosali enoa ho tsoa bohloking ba hae o akhetse mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.’”—Luka 21:1-4.
Ha o lekanyetsoa ka chelete, monehelo ona o ne o le monyenyane, haholo-holo ha o bapisoa le ea barui. Boholo ba ba neng ba le teng bo ne bo ke ke ba mo hlokomela. Empa Jesu o ile a bona mohlolohali eo. O ile a lemoha maemo a hae. Jesu a mo bona ’me a khahloa ke eena.
Ketsahalong e ’ngoe ho ne ho ameha mosali ea ruileng, Maria. Ha Jesu a ntse a otlile ka lehlakore lijong, o ile a tšela oli e monko o monate e theko e boima haholo maotong a Jesu le hloohong ea hae. Ba bang ba ile ba nyatsa ketso ea hae, ba pheha khang ea hore oli eo e ka be e rekisitsoe ’me chelete ea eona e sebelisitsoe bakeng sa ho thusa mafutsana. Jesu o ile a arabela joang? O ile a re: “Mo tloheleng. Ke hobane’ng ha le leka ho mo etsetsa khathatso? O entse ketso e ntle ho ’na. Kannete ke re ho lona, Kae kapa kae moo litaba tse molemo li boleloang lefatšeng lohle, seo mosali enoa a se entseng le sona se tla boleloa e le seo a hopoloang ka sona.”—Mareka 14:3-6, 9; Johanne 12:3.
Jesu ha aa ka a tletleba ka mokhoa o tšoaeang liphoso ka hore ebe oli ena ea bohlokoa ha ea sebelisoa ka tsela e ’ngoe. O ile a ananela pontšo e mosa ea lerato la Maria le tumelo. Ketsahalo ena e tlalehiloe ka Bibeleng e le khopotso ea ketso ea hae e ntle. Litlaleho tsena le tse ling li bontša hore Jesu e ne e le motho ea nang le kananelo e tebileng.
Haeba u mohlanka oa Molimo, u ka tiiseha hore Jehova Molimo le Jesu Kreste ba ananela ka ho teba boiteko ba hao ba ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng. Tsebo e joalo e re atametsa ho bona ’me e re susumelletsa ho ba etsisa ka ho ipaka re le ba lebohang.
KHAOLO EA 48
O ne “a E-na le Tumelo e Matla a Bile a Tletse Moea o Halalelang”
“Molimo ke Eena ’Musi oa Rona, re Tla Mamela Eena”
17 Ho ne ho e-na le kotsi e hlahang ka hare e khukhunelang phutheho ena e sa tsoa thehoa. E ne e le kotsi efe? Bongata ba barutuoa ba kolobetsoang e ne e le baeti ba tlileng Jerusalema ba neng ba batla ho ithuta ho eketsehileng pele ba khutlela hae. Barutuoa ba lulang Jerusalema ba ile ba ithaopela ho ntša menehelo bakeng sa ho ba fumanela lijo le lintho tse ling. (Lik. 2:44-46; 4:34-37) Ka nako ena, ho ile ha hlaha boemo bo ileng ba baka tsitsipano. Bahlolohali ba buang Segerike “ba ne ba tlolisoa mahlo letsatsi le leng le le leng ha ho fanoa” ka lijo. (Lik. 6:1) Leha ho le joalo, bahlolohali ba buang Seheberu ba ne ba sa hlokomolohuoe. Kahoo, ho bonahala bothata e ne e le khethollo, ’me ho bonolo hore khethollo e bake karohano e kholo.
18 Baapostola, bao e neng e le sehlopha se busang sa phutheho eo e ntseng e hola, ba ile ba hlokomela hore ha ho hlokahale hore ba ‘emise ho ruta lentsoe la Molimo e le hore ba abe lijo.’ (Lik. 6:2) E le ho rarolla bothata boo, ba ile ba laela barutuoa hore ba batle banna ba supileng “ba bohlale le ba tletseng moea o halalelang” bao baapostola ba neng ba ka ba khetha hore ba okamele “mosebetsi ona oa bohlokoa.” (Lik. 6:3) Ho ne ho hlokahala banna ba tšoanelehang hobane mohlomong mosebetsi oo e ne e se feela oa ho aba lijo empa le ho tšoara lichelete, ho reka thepa le ho boloka litlaleho ka hloko. Banna bohle ba khethiloeng ba ne ba e-na le mabitso a Segerike, e leng seo mohlomong se ileng sa etsa hore ba amohelehe ho bahlolohali bao ba utloileng bohloko. Baapostola ba ile ba nahana ka banna bao ba bueletsoeng, ’me ba rapella taba eo, eaba ka mor’a moo ba khetha ba supileng hore ba hlokomele “mosebetsi ona oa bohlokoa.”
bt 48 ¶13, nal.
Setefane—‘Molimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla’
13 Mehla ea Moshe. (Lik. 7:17-43) Setefane o ile a bua ka Moshe haholo—’me ho ne ho loketse, kaha litho tse ngata tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda e ne e le Basaduse, ba neng ba amohela libuka tse ngotsoeng ke Moshe feela ka Bibeleng. Hape hopola qoso ea hore Setefane o ne a nyefotse Moshe. Mantsoe a Setefane a ile a arabela qoso eo ka ho toba, hobane o ile a bontša hore o hlompha Moshe le Molao haholo. (Lik. 7:38) O ile a re Moshe le eena ha aa ka a amoheloa ke batho bao a neng a leka ho ba pholosa. Sena se ile sa etsahala ha a le lilemo li 40. Lilemong tse fetang 40 hamorao ba ile ba hanyetsa boeta-pele ba hae. Kahoo, butle-butle Setefane o ile a hatisa molaetsa ona oa bohlokoa. Khafetsa batho ba Molimo ba ile ba hana ho amohela bao Jehova a neng a ba khethile hore ba ba etelle pele.
[Naletsana]
Setefane o boletse lintlha tseo re sa li fumaneng libakeng tse ling ka Bibeleng, tse kang tse mabapi le thuto ea Moshe Egepeta, lilemo tsa hae ha a baleha Egepeta ka lekhetlo la pele, le hore na o lutse nako e kae Midiane.
Re u Lome Tsebe?
Morutuoa Setefane o ile a thusoa ke’ng hore a lule a khobile matšoafo?
SETEFANE o ile a tobana le mokhopi oa banna ba mo hanyetsang. Mokhoping oo, ho ne ho e-na le baahloli ba lekhotla la Sanhedrine ba 71 ’me ba ne ba le matla haholo. Ba ne ba bitsitsoe ke Moprista ea Phahameng Kaifase eo e neng e le moahloli ha Jesu a ahloleloa lefu. (Mat. 26:57,59; Lik. 6:8-12) Ha mokhopi oo o ntse o fana ka bopaki ba bohata khahlanong le Setefane, o ile oa hlokomela ntho e sa tloaelehang ho eena. Sefahleho sa hae se ne se le “joaloka . . . sa lengeloi.”—Lik. 6:13-15.
Setefane o ile a thusoa ke’ng hore a lule a khobile matšoafo a bile a khutsitse ha a tšosoa? Moea o halalelang o ile oa mo thusa hore a ithukhubetse ha a ruta batho ka ’Muso oa Molimo pele a isoa Lekhotleng la Sanhedrine. (Liketso 6:3-7) O ile oa boela oa mo matlafatsa oa ba oa mo hopotsa lintho tseo a ithutileng tsona ha a thulana le liteko. (Joh. 14:16) Liketso khaolo ea 7 e bontša hore moea o halalelang o ile oa boela oa mo hopotsa lintho tse ka bang 20 kapa ho feta tseo a ithutileng tsona Mangolong a Seheberu ha a ntse a itšireletsa ka lekhotleng. (Joh. 14:26) Tumelo ea hae e ile ea matlafala le ho feta ha a bona pono eo ho eona Jesu a neng a le ka letsohong le letona la Molimo.—Lik. 7:54-56, 59, 60.
Ka linako tse ling le rona re ka tšosoa kapa ra hlorisoa. (Joh. 15:20) Empa ha re ithuta Bibele letsatsi le letsatsi ebile re le mafolofolo mosebetsing oa ho ruta batho Bibele, re tla be re lumella moea o halalelang hore o re thuse. Re tla boela re be le khotso re be re eme re tiile ha re hanyetsoa.—1 Pet. 4:12-14.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na mantsoe a Setefane a ho Liketso 7:59 a bontša hore lithapelo li lokela ho lebisoa ho Jesu?
Liketso 7:59 e re: “Ba tsoela pele ho betsa Setefane ka majoe ha a ntse a etsa boipiletso ’me a re: ‘Morena Jesu, amohela moea oa ka.’” Mantsoe ana a ’nile a etsa hore batho ba bang ba be le lipotso, kaha Bibele e re Jehova ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Na Setefane o ile a hla a rapela Jesu? Na see se bontša hore Jesu ke motho a le mong le Jehova?
King James Version e re Setefane o ile a “ipiletsa ho Molimo.” Kahoo, hoa utloahala ha ba bangata ba entse qeto e ileng ea etsoa ke mohlalosi e mong oa Bibele Matthew Henry, ea itseng: “Mona Setefane o rapela Kreste, le rona re tlameha ho etsa joalo.” Leha ho le joalo, pono eo e fosahetse. Hobane’ng?
Ka botšepehi Barnes’ Notes on the New Testament e re: “Lentsoe Molimo ha le eo libukeng tsa pele, ’me le ne le sa lokela hore ebe le teng phetolelong. Ha le eo [libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa] khale kapa liphetolelong.” Lentsoe “Molimo” le ile la kenngoa joang temaneng ee? Setsebi Abiel Abbot Livermore se ile sa re ena ke “taba e bakiloeng ke leeme la bolumeli la bafetoleli.” Kahoo, liphetolelo tse ngata tsa morao tjena, li hlakotse boitsebiso bona ba bohata bo buang ka Molimo.
Leha ho le joalo, liphetolelo tse ngata li re Setefane “o ile a rapela” Jesu. ’Me mongolo o botlaseng ba leqephe ho New World Translation o bontša hore poleloana “a etsa boipiletso” e ka boela ea bolela “ho etsa kopo; thapelo.” Na seo se ne se ke ke sa bontša hore Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle? Che. Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words e hlalosa hore boemong bona, lentsoe la pele la Segerike, e·pi·ka·leʹo, le bolela: “Ho kopa thuso, . . . ho ipiletsa ho ea nang le matla.” Pauluse o ile a sebelisa lentsoe lona leo ha a ne a re: “Ke ipiletsa ho Cesare!” (Liketso 25:11) Kahoo, ke ka nepo The New English Bible e reng Setefane o ile a “hoeletsa” ho Jesu.
Ke eng e ileng ea susumetsa Setefane hore a etse boipiletso bo joalo? Ho latela Liketso 7:55, 56, Setefane, “a tletse moea o halalelang, a talima leholimong ’me a re heli! eaba o bona khanya ea Molimo le ea Jesu a eme ka letsohong le letona la Molimo.” Ka tloaelo, Setefane o ne a tla lebisa likopo tsa hae ho Jehova ka lebitso la Jesu. Empa eitse ha Setefane a bona Jesu ea tsositsoeng ponong, ho bonahala a ile a ikutloa a lokolohile hore a ipiletse ho eena ka ho toba, a re: “Morena Jesu, amohela moea oa ka.” Setefane o ne a tseba hore Jesu o ne a filoe matla a ho tsosa bafu. (Johanne 5:27-29) Ka hona, o ile a kopa Jesu hore a sireletse moea oa hae kapa matla a hae a bophelo, ho fihlela mohla Jesu a neng a tla mo tsosetsa bophelong ba ho se shoe leholimong.
Na polelo ea Setefane e khutšoanyane e re behela mohlala oa hore re rapele Jesu? Le hanyenyane. Hobane Setefane o ne a tseba hantle hore ho na le phapang pakeng tsa Jesu le Jehova, kaha tlaleho eo e re o ile a bona Jesu “a eme ka letsohong le letona la Molimo.” Hape, maemo ana a ne a ikhetha. Ketsahalo e ’ngoe eo ho eona ho kileng ha tobisoa mantsoe a kang ao ho Jesu, ke eo ho eona moapostola Johanne le eena a ileng a bua le Jesu ka ho toba ha a mo bona ponong.—Tšenolo 22:16, 20.
Le hoja ka nepo Bakreste kajeno ba lebisa lithapelo tsa bona tsohle ho Jehova Molimo, le bona ba lumela ka tieo hore Jesu ke “tsoho le bophelo.” (Johanne 11:25) Joalokaha ho ile ha etsahala ka Setefane, tumelo matleng a Jesu a ho tsosa balateli ba hae bafung e ka re thusa le ho re boloka linakong tsa liteko.
Setefane—‘Molimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla’
9 Joalokaha ho boletsoe qalong, sefahleho sa Setefane se ne se elile, se tšoana le sa lengeloi, ha a mametse lintho tseo a qosoang ka tsona. Joale Kaifase a re ho eena: “Na litaba tsee ke ’nete?” (Lik. 7:1) Ha fihla nako ea hore Setefane a ikarabelle. ’Me a fela a ikarabella!
10 Basomi ba bang ba ’nile ba nyatsa seo Setefane a ileng a se bua, ba bolela hore le hoja a ile lolololo, ha a arabe seo a qosoang ka sona. ’Nete ea sala, Setefane o re behetse mohlala o motle oa kamoo re ka ‘ikarabellang’ kateng ha re bolela litaba tse monate. (1 Pet. 3:15) Hopola hore Setefane o ne a qosoa ka hore o nyefola Molimo ka ho bua tempele hampe, a bile a qosoa ka hore o nyefola Moshe ka ho bua Molao hampe. Ha Setefane a araba o ile a akaretsa linako tse tharo historing ea Baiseraele, ’me a hatisa lintlha tse itseng ka hloko. A re hlahlobeng nako ka ’ngoe ho tsena tse tharo.
11 Mehla ea bapatriareka. (Lik. 7:1-16) Setefane o ile a qala ka ho bua ka Abrahama, eo Bajuda ba neng ba mo hlompha ka lebaka la tumelo ea hae. O ile a qala ka taba ena eo ba neng ba lumellana ka eona, ’me a hatisa hore Jehova “Molimo ea hlomphehang,” o ile a iponahatsa ho Abrahama ka lekhetlo la pele ha a le Mesopotamia. (Lik. 7:2) Ha e le hantle, monna eo e ne e le mojaki Naheng e Tšepisitsoeng. Abrahama o ne a se na tempele ebile a se na Molao oa Moshe. Ho hang ha ho motho ea neng a ka tsitlella hore kamehla ho tšepahala ho Molimo ho lokela ho itšetleha ka tempele le melao.
12 Batho bana ba neng ba mametse Setefane ba ne ba boetse ba hlompha Josefa setloholo sa Abrahama haholo empa Setefane o ile a ba hopotsa hore barab’abo Josefa, e leng lihlooho tsa meloko ea Iseraele, ba ile ba hlorisa monna eo ea lokileng ’me ba mo rekisa bokhobeng. Leha ho le joalo, Molimo o ile a mo sebelisa hore a pholose sechaba sa Iseraele tlaleng. Ho ka etsahala hore ebe Setefane o ile a bona ka ho hlaka lintlha tseo Josefa a neng a tšoana le Jesu Kreste ka tsona, empa ha aa ka a bua ka tsona e le hore ba ka mo mamela ka nako e telele kamoo ho ka khonehang.
13 Mehla ea Moshe. (Lik. 7:17-43) Setefane o ile a bua ka Moshe haholo—’me ho ne ho loketse, kaha litho tse ngata tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda e ne e le Basaduse, ba neng ba amohela libuka tse ngotsoeng ke Moshe feela ka Bibeleng. Hape hopola qoso ea hore Setefane o ne a nyefotse Moshe. Mantsoe a Setefane a ile a arabela qoso eo ka ho toba, hobane o ile a bontša hore o hlompha Moshe le Molao haholo. (Lik. 7:38) O ile a re Moshe le eena ha aa ka a amoheloa ke batho bao a neng a leka ho ba pholosa. Sena se ile sa etsahala ha a le lilemo li 40. Lilemong tse fetang 40 hamorao ba ile ba hanyetsa boeta-pele ba hae. Kahoo, butle-butle Setefane o ile a hatisa molaetsa ona oa bohlokoa. Khafetsa batho ba Molimo ba ile ba hana ho amohela bao Jehova a neng a ba khethile hore ba ba etelle pele.
14 Setefane o ile a hopotsa batho ba neng ba mo mametse hore Moshe o boletse esale pele hore ho ne ho tla hlaha moprofeta ea kang Moshe Iseraele. E ne e tla ba mang, ’me o ne a tla amoheloa joang? Setefane o ile a araba lipotso tsena ha a lihela likhala. O ile a bolela ntlha e ’ngoe ea bohlokoa. Ea hore Moshe o ne a tseba hore sebaka sefe kapa sefe se ka etsoa hore se halalele, joaloka sebaka seo sehlahla se neng se tuka ho sona, moo Jehova a ileng a bua le eena. Ka hona, na Jehova a ka rapeloa mohahong o itseng feela, o kang oa tempele e Jerusalema? A re boneng.
15 Tabernakele le tempele. (Lik. 7:44-50) Setefane o ile a hopotsa lekhotla hore pele ho e-ba le tempele Jerusalema, Molimo o ile a laela Moshe hore a hahe tabernakele—e leng tente ea borapeli e neng e ka tlosoa sebakeng se seng ea isoa ho se seng. Ha ho motho ea neng a ka re tabernakele e ne e se ea bohlokoa joaloka tempele, kaha le Moshe o ile a rapela ho eona.
16 Hamorao, ha Solomone a ne a haha tempele e Jerusalema, o ile a bululeloa hore a bolele ntlha ea bohlokoa thapelong ea hae. Setefane o itse, “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ha a lule ka matlung a entsoeng ka matsoho.” (Lik. 7:48; 2 Likron. 6:18) Jehova a ka ’na a sebelisa tempele ho ntšetsa merero ea hae pele empa a ke ke a lula ho eona. Joale, ke hobane’ng ha barapeli ba hae ba ka nahana hore borapeli bo hloekileng bo lokela ho etsetsoa mohahong o entsoeng ka matsoho a batho? Setefane o ile a lihela likhala ka mantsoe a matla ha a qotsa buka ea Esaia a re: “Jehova o re: ‘Leholimo ke terone ea ka ’me lefatše ke setuloana sa maoto a ka. Le tla nkahela ntlo ea mofuta ofe kapa ke phomole hokae? Letsoho la ka le entse lintho tsena tsohle.’”—Lik. 7:49, 50; Esa. 66:1, 2.
17 Ha u ntse u hlahloba seo Setefane a ileng a se bolella Lekhotla le Phahameng la Bajuda ho fihlela boemong bona, na ha u lumele hore o ile a hlakisa hore ba mo qosang ba ne ba e-na le maikutlo a fosahetseng? O ile a bontša hore morero oa Jehova o tsoela pele ebile ha ho letho le ka o emang pele, ha oa ema nģa e le ’ngoe ebile ha oa itšoarella ka neano. Ba neng ba nka mohaho o Jerusalema hammoho le litloaelo le lineano tse thehiloeng Molaong oa Moshe e le tsa bohlokoa, ba ne ba sa utloisise morero oa Molao le tempele! Ka tsela e sa tobang Setefane o ile a botsa potso ea bohlokoa e reng: Na ha ho molemo ho hlompha Molao le tempele ka ho mamela Jehova? Ka sebele lipolelo tsa Setefane li ile tsa tšehetsa liketso tsa hae, hobane o ile a mamela Jehova ka hohle kamoo a neng a ka khona.
18 Seo Setefane a se buileng se re ruta eng? O ne a tseba Mangolo hantle. Ka ho tšoanang, ho hlokahala re khothalle ho ithuta Lentsoe la Molimo e le hore re rute le ho hlalosa “lentsoe la ’nete hantle.” (2 Tim. 2:15) Hape mohlala oa Setefane o re ruta ho ba mosa le ho ba masene. Batho ba neng ba mo mametse ba ne ba le hlaha haholo! Empa ka hohle kamoo ho ka khonehang, o ile a bua ka lintho tseo ba lumellanang ka tsona le tseo ba neng ba li nka e le tsa bohlokoa. Hape o ile a bua le bona ka tlhompho, a re banna ba baholo ke “bo-ntate.” (Lik. 7:2) Le rona ho hlokahala re bolele linnete tsa Lentsoe la Molimo ka “bonolo le ka tlhompho.”—1 Pet. 3:15
19 Leha ho le joalo, ha re tsilatsile ho bolela linnete tsa Lentsoe la Molimo hobane re tšaba ho khopisa batho; ebile ha re bebofatse molaetsa oa Jehova oa kahlolo. Setefane ke mohlala o motle. Ha ho pelaelo hore o ne a bona hore le ka mor’a bopaki bohle boo a faneng ka bona ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda, ho ne ho se moo ho reng teke! ho baahloli bao ba pelo li thata. Ka hona, kaha o ne a susumetsoa ke moea o halalelang, o ile a lihela likhala ka hore ka sebete a ba bontše hore ba tšoana le baholo-holo ba bona ba sa kang ba amohela Josefa, Moshe le baprofeta bohle. (Lik. 7:51-53) Ha e le hantle, baahloli bana ba Lekhotla le Phahameng la Bajuda ba ne ba bolaile Mesia, eo Moshe le baprofeta bohle ba neng ba boletse esale pele hore o ne a tla tla. Ka sebele ba ne ba tlotse Molao oa Moshe ka hohle-hohle!
KHAOLO EA 49
E Ile ea E-ba Lefika
“Linotlolo Tsa ’Muso” Ke’ng?
“Linotlolo tsa ’muso” li emela matla a ho bulela batho tsela ea ho “kena ’musong oa Molimo.” (Matheu 16:19; Liketso 14:22) Jesu o ile a fa Petrose “linotlolo tsa ’muso oa maholimo.” Kahoo, Petrose o ile a fuoa matla a ho bolela hore batho bohle ba tšepahalang ba ne ba tla thusoa ke moea o halalelang hore ba rue ’Muso oa Molimo.
Linotlolo tseo li ne li bulela bo-mang?
Petrose o ile a sebelisa matla ao Jehova a mo fileng ’ona ho bulela lihlopha tse tharo tsa batho tsela e le hore li rue ’Muso oa Molimo:
1. Bajuda le ba sokolohetseng Bojudeng. Nakoana ka mor’a lefu la Jesu, Petrose o ile a khothalletsa Bajuda ho lumela hore Molimo o khethile Jesu hore e be Morena oa ’Muso oa Hae. Petrose o ile a ba bolella hore na ke eng eo ba lokelang ho e etsa e le hore ba pholohe. Kahoo o ile a ba bulela hore ba kene ’Musong oa Molimo ’me ba bangata ba ile ba “amohela lentsoe la hae.”—Liketso 2:38-41.
2. Basamaria. Hamorao Petrose o ile a romelloa ho Basamaria. Eaba eena le moapostola Johanne ba sebelisa senotlolo sa ’Muso oa Molimo “’me ba ba rapella hore ba fumane moea o halalelang.” (Liketso 8:14-17) Kaha Basamaria ba ile ba fumana moea o halalelang, le bona ba ne ba ka khona ho kena ’Musong oa Molimo.
3. Batho bao eseng Bajuda. Lilemo tse tharo le halofo ka mor’a lefu la Jesu, Molimo o ile a senolela Petrose hore batho bao eseng Bajuda ba ne ba e-na le monyetla oa ho kena ’Musong oa Molimo. Ke kahoo Petrose a ileng a sebelisa senotlolo se seng ka ho bolella batho bao eseng Bajuda molaetsa oa Bibele ’me ka ho etsa joalo a ba bulela monyetla oa hore ba fumane moea o halalelang, e be Bakreste ’me ba be le monyetla oa ho kena ’Musong oa Molimo.—Liketso 10:30-35, 44, 45.
bt 69 ¶1, nal.
“Molimo ha a Leeme”
KE HOETLA selemong sa 36 C.E. Letsatsi lea chesa ha Petrose a ntse a rapela holim’a ntlo motseng oa Jopa o haufi le kou ea likepe. Joale ho se ho fetile matsatsi a itseng e le moeti ntlong ena. Hore ebe o lutse ntlong ena ho bontša hore ha a leeme. Mong’a ntlo ena, e leng monna ea bitsoang Simone, ke mosuhi oa matlalo, ’me ha se Bajuda bohle ba neng ba ka lula le motho ea joalo. Leha ho le joalo, Petrose o tla tloha a ithuta thuto ea bohlokoa mabapi le hore Jehova ha a leeme.
[Naletsana]
Bajuda ba bang ba ne ba nkela mosuhi oa matlalo fatše hobane mosebetsi oa hae o ne o etsa hore a tšoare makoko le litopo tsa liphoofolo tse sa hloekang hammoho le lintho tse nyonyehang tseo ho neng ho hlokahala hore a li sebelise. Basuhi ba ne ba nkoa ba sa lokela ho hlaha tempeleng, ’me ba ne ba sa lokela ho etsetsa khoebo ea bona sebakeng se bohole ba litsoe tse ka tlase ho 50 kapa limithara tse ka bang 20 ho tloha motseng. E ka ’na eaba lena ke le leng la mabaka ao ntlo ea Simone e neng e le “pel’a leoatle.”—Lik. 10:6.
Na u Etsisa Jehova ka Hore u Sebetse Lintho ka Toka?
15 Nakoana ka mor’a seboka, Petrose o ile a etela Antioke e Syria. Ha a le moo, e ile ea e-ba motsoalle oa Bakreste ba Balichaba. Ha ho pelaelo hore ba ile ba ithuta lintho tse ngata ho Petrose kaha o ne a e-na le tsebo le boiphihlelo. Empa nahana feela hore na ba ile ba makala le ho utloa bohloko hakae ha Petrose a se a khaotsa ho ja le bona. Bajuda ba bang ka phuthehong ba akarelletsang Barnabase ba ile ba etsa phoso e tšoanang. Ke’ng e ileng ea etsa hore Petrose a etse qeto e booatla hakaalo, e neng e ka baka likarohano ka phuthehong? Hona taba ee e ka re thusa joang haeba baholo ba re utloisa bohloko?
16 Bala Bagalata 2:11-14. Petrose o ne a tšaba batho. (Liprov. 29:25) O ne a tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka Bakreste ba Balichaba. Leha ho le joalo, o ne a tšaba hore na Bakreste ba Bajuda ba bolotseng ba tla nahana’ng ka eena. Moapostola Pauluse le eena o ne a le teng sebokeng se neng se tšoaretsoe Jerusalema ka selemo sa 49. Ke kahoo a ileng a khalemela Petrose ha ba le Antioke a ba a pepesa boikaketsi ba hae. (Lik. 15:12; Bagal. 2:13) Bakreste ba Balichaba haholo-holo bao e neng e le metsoalle ea Petrose ba ile ba ikutloa joang ka ho hloka toka hoo? Na ba ne ba tla ho lumella hore ho ba khopise? Hona na Petrose o ne a tla nkeloa litokelo ka lebaka la phoso eo?
ITLOAETSE HO TŠOARELA
17 Ka boikokobetso, Petrose o ile a mamela ha Pauluse a mo khalemela. Ha ho na moo Bibele e bontšang hore Petrose o ile a nkeloa litokelo. Ho e-na le hoo, o ile a bululeloa hore a ngole libuka tse peli tsa Bibele. Lengolong la hae la bobeli o ile a bitsa Pauluse “mor’abo rona ea ratoang.” (2 Pet. 3:15) Le hoja ho ka etsahala hore ebe phoso ea Petrose e ile ea utloisa Bakreste ba Balichaba bohloko, Jesu e leng hlooho ea phutheho, o ile a tsoela pele ho mo fa boikarabelo. (Baef. 1:22) Bakreste ba nakong eo ba ne ba na le monyetla oa ho etsisa Jesu le Ntate oa hae ka hore ba tšoarele Petrose. E tlameha ebe ha ho le ea mong ho bona ea ileng a itumella hore a utloisoe bohloko ke phoso ea motho ea sa phethahalang.
it “Botlamuoa” ¶24
Botlamuoa
Ha Bajuda ba ne ba hasana pusong eohle ea Roma, ntho eo e ile ea etsa hore Bokreste bo ate ka potlako. Jesu Kreste o ne a pakela batho ba lulang Iseraele feela, empa o ile a laela balateli ba hae hore ha ba etsa tšebeletso ea bona ba hase litaba tsena “le karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik 1:8) Bajuda ba neng ba tsoa libakeng tse fapaneng Pusong ea Roma ba ne ba le Jerusalema ba tlile moketeng oa Pentekonta ka selemo sa 33, ’me ba ile ba utloa Bakreste ba fuoeng moea o halalelang ba paka ka Jesu ka lipuo tsa Parthia, Media, Elame, Mesopotamia, Kapadosia, Pontase, profinse ea Asia, Frigia, Pamfilia, Egepeta, Libia, Kreta, Arabia le Roma. Ba bangata ba bona ba ile ba khutlela linaheng tsa habo bona ka tumelo e ncha eo ba ithutileng eona Jerusalema. (Lik 2:1-11) Metseng e mengata eo Pauluse a ileng a e etela, o ne a fumana lisynagoge moo a neng a ka bua le Bajuda ba neng ba hasane. Ha a le Listra, Pauluse o ile a kopana le Timothea, eo ’mè oa hae e neng e le Mojuda. Akuila le Priscilla ba ne ba qeta ho fihla ba tsoa Roma ha Pauluse a fihla Korinthe, mohlomong ka selemo sa 50. (Lik 13:14; 14:1; 16:1; 17:1, 2; 18:1, 2, 7; 19:8) Kaha ho ne ho tletse Bajuda ba bangata Babilona le metseng e haufi le eona, Petrose o ile a bona ho le molemo hore a ee moo, a il’o etsetsa tšebeletso ea hae har’a “batho ba bolotseng.” (Gal 2:8; 1Pe 5:13) Ka mor’a hore Jerusalema e felisoe ka selemo sa 70, bolumeli ba Sejuda e ile ea ba bona bo atileng ka ho fetisisa ka nako e telele metseng e haufi le Babilona moo ho neng ho lula Bajuda ba bangata.
Lihlooho Tse Websaeteng “Tsa Bacha”
Molimo ha a Khetholle Batho
TSA BACHA
Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.
Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Korneliase le Petrose
Kakaretso: Petrose o etsisa ho se khetholle batho ha Molimo ka hore a bolelle Korneliase, eo e neng e le Molichaba, litaba tse molemo.
1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA LIKETSO 10:1-35, 44-48.
Hlalosa kamoo u nahanang hore Korneliase o ne a shebahala kateng.
. . . . .
U utloa eka Korneliase o ne a ikutloa joang ha a buisana le lengeloi, joalokaha ho tlalehiloe temaneng ea 3 ho ea ho ea 6?
. . . . .
U nahana hore Korneliase le bahlanka ba hae ba ile ba buisana ka eng, joalokaha ho hlalositsoe ka tsela e sa tobang temaneng ea 7 le ea 8?
. . . . .
2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.
Ke hobane’ng ha seo Petrose a ileng a se bontšoa temaneng ea 10 ho ea ho ea 16 se ile sa mo thusa? (Ntlha e thusang: Nahana ka semelo sa Petrose sa ho ba Mojuda, joalokaha ho bontšitsoe temaneng ea 14.)
. . . . .
Ke tšobotsi efe eo u bonang hore Korneliase o ne a e-na le eona ho latela temana ea 25? Ke hobane’ng ha tšobotsi eo e fumaneha seoelo ho batho ba boemong ba hae? (Ntlha e thusang: Sheba temana ea 1.)
. . . . .
U sebelisa boitsebiso leha e le bofe boo u ka etsang lipatlisiso ho bona, fumana hore na ke banna ba bakae bao Korneliase a neng a ba okametse, ba neng ba etsa sehlopha sa lebotho la Mataliana.
. . . . .
Ke hobane’ng ha tšokoloho ea Korneliase ka ho khetheha e ile ea e-ba e thahasellisang?
. . . . .
3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .
Matla ao lipapiso li nang le ’ona.
. . . . .
Ho se khetholle batho ha Molimo.
. . . . .
Tsela eo le uena u ka bontšang ka eona hore ha u khetholle batho.
. . . . .
4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?
. . . . .
KHAOLO EA 50
O Ile a Fetola Bophelo ba Hae
Saule—Sejana se Khethetsoeng Morena
Rea tseba hore Saule o ne a e-tsoa Tarsase, motse o ka sehloohong ebile e le motse-moholo oa profinse ea Roma ea Silisia (eo hona joale e leng ka boroa ho Turkey). Le hoja ho ne ho e-na le sechaba se seholo sa Bajuda se neng se lula sebakeng seo, bophelo ba moo le bona bo ne bo tla etsa hore Saule a pepesetsehele setso sa Balichaba. Tarsase e ne e le motse o moholo o atlehileng o talingoang e le setsi sa thuto ea Bagerike. Ho hakanngoa hore lekholong la pele la lilemo baahi ba oona ba ne ba le lipakeng tsa 300 000 le 500 000. E ne e le setsi sa khoebo se tseleng e kholo e lipakeng tsa Asia Minor, Syria le Mesopotamia. Tarsase e ne e atlehisoa ke khoebo le ho nona ha thota e e potolohileng, eo boholo ba lijo tseo e neng e li hlahisa e neng e le lijo-thollo, veine le line. Indastering ea eona ea masela e atlehileng ho ne ho etsoa masela a boea ba poli ao ho neng ho etsoa litente ka ’ona.
bt 62, lebokose ¶1-3
Phutheho ea “E-ba le Khotso”
“Mohlankana ea bitsoang Saule” ea boleloang tlalehong ea Liketso e buang ka ho tlepetsoa ha Setefane ka majoe o ne a tsoa motseng oa Tarsase. E ne e le motse-moholo oa profinse ea Roma ea Silisia, e ka boroa ho seo kajeno e leng Turkey. (Lik. 7:58) Bajuda ba bangata ba ne ba lula motseng oo. Saule ka boeena o ile a ngola hore o ‘bololitsoe ka letsatsi la borobeli, ke oa sechaba sa Iseraele, ke oa leloko la Benjamine, ke Moheberu ea tsoetsoeng ke Baheberu, ke Mofarisi ea latelang molao.’ Ke ka lebaka leo ho ka etsahalang hore o ne a nkoa e le Mojuda ea hlomphehang!—Bafil. 3:5.
Saule o ne a lula motseng o moholo o atlehileng moruong, oo ho oona ho neng ho atile setso sa Bagerike. Kaha Saule o holetse Tarsase, o ne a tseba Segerike. Mohlomong o kene sekolo sa mathomo sekolong sa Bajuda. O ile a ithuta ho etsa litente, e leng mosebetsi o neng o tloaelehile sebakeng seo a tsoaletsoeng ho sona. Ho ka etsahala hore ntate oa Saule o ile a mo ruta mosebetsi ona e sa le moshanyana.—Lik. 18:2, 3.
Tlaleho ea Liketso e boetse e senola hore Saule e ile ea e-ba moahi oa Roma ka tsoalo. (Lik. 22:25-28) Sena se bolela hore ha a tsoaloa, e mong oa baholo-holo ba hae o ne a se a fumane tokelo ea ho ba moahi oa Roma. Ha ho tsejoe hore na ho tlile joang hore lelapa labo Saule le fumane tokelo ea ho ba baahi ba Roma. Ho sa tsotellehe seo, boemo boo bo ile ba etsa hore e be ba bang ba batho ba phahameng sechabeng profinseng ea habo bona. Semelo sa Saule le thuto ea hae e ile ea etsa hore a tsebe litso tse tharo ka botlalo—e leng Sejuda, Segerike le Seroma.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re o ‘hlahile pele ho nako’? (1 Bakorinthe 15:8)
Ho 1 Bakorinthe 15:8, Pauluse o ile a re: “Qetellong ho bohle a bonahala le ho ’na joalokaha eka ke ho ea hlahileng pele ho nako.” Pele re ne re utloisisa hore temaneng ena Pauluse o ne a bua ka ketsahalo ea ha a ne a bona pono ea moo Jesu a neng a le leholimong. E ne eka o se a ntse a fuoe monyetla oa ho tsoaloa kapa ho tsosetsoa ho ea phela leholimong pele ho nako, lilemo pele batho ba bang ba ka tsosetsoa leholimong. Leha ho le joalo, ka mor’a ho hlahloba temana ena hantle, re ile ra hlokomela hore re lokela ho fetola tsela eo e neng e hlalosoa ka eona pele.
Ke ’nete hore temaneng ena Pauluse o bua ka se ileng sa etsahala ha a ne a sokoloha. Empa o ne a bolela’ng ha a ne a re o ‘hlahile pele ho nako’? Mohlomong o ne a bolela lintho tse ’maloa.
Ho sokoloha ha hae ho etsahetse ka mohlolo ebile ho sa lebelloa. Hangata ngoana ea hlahang pele ho nako o hlaha a sa lebelloa. Ha Saule (eo hamorao a ileng a bitsoa Pauluse) a ea Damaseka ho e’o hlorisa Bakreste ba moo, o ne a sa lebella hore o tla bona pono ea Jesu a tsositsoe a le leholimong. Ho sokoloha ha Pauluse ho ile ha mo makatsa ha ba ha makatsa le Bakreste bao a neng a rerile ho e’o ba hlorisa motseng oo. Ketsahalo eo e ne e le mohlolo hobane Pauluse o ile a ba a foufala ka nakoana.—Lik. 9:1-9, 17-19.
O ile a sokoloha ka “nako e fosahetseng.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tsoaloa pele ho nako” le ka boela la fetoleloa e le “ho tsoaloa ka nako e fosahetseng.” The Jerusalem Bible e re: “E ne eka ke hlahile ka nako eo batho ba sa e lebellang.” Jesu o ne a se a khutletse leholimong nakong eo Pauluse a neng a sokoloha. Ho fapana le batho bao Pauluse a ileng a bua ka bona litemaneng tse fetileng, Pauluse eena o ne a e-s’o ka a bona Jesu pele a nyolohela leholimong. (1 Bakor. 15:4-8) Jesu o ile a hlaha ho Pauluse a sa lebella ’me seo sa mo fa monyetla oa hore a bone Jesu ka mor’a hore a tsosoe le hoja ho ne ho bonahala eka ke ka “nako e fosahetseng.”
O ne a sa nke hore o phahametse batho ba bang. Ho ea ka litsebi tse ling, lentsoe leo Pauluse a le sebelisitseng mona le ka utloahala eka o ne a itšoaea liphoso. Haeba ke sona seo Pauluse a neng a se bolela, o ne a lumela hore ha a tšoanelehe ho ba moapostola. Ha e le hantle, o ile a tsoela pele a re: “Ke e monyenyane ho baapostola, ’me ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo. Empa ke seo ke leng sona ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo.”—1 Bakor. 15:9, 10.
Ho bonahala eka Pauluse o ne a bua ka tsela e sa lebelloang eo Jesu a ileng a hlaha ho eena ka eona, ho sokoloha ha hae ho neng ho sa lebelloa kapa taba ea hore o ne a sa tšoanelehe hore ebe o bone pono eo e hlollang. Ho sa tsotellehe hore na Pauluse o ne a bua ka’ng, seo a se boneng e ne e le sa bohlokoa haholo ho eena. Ketsahalo eo e ile ea mo tiisetsa hore Jesu o tsositsoe bafung. Ke kahoo a neng a lula a bua ka ntho ena e ileng ea etsahala a sa lebella ha a bolella batho ba bang ka tsoho ea Jesu.—Lik. 22:6-11; 26:13-18.
Syria—E Pheta Histori e Thahasellisang
Damaseka ea kajeno ha e na bopaki leha e le bofe ba hore Abrahama o ile a feta moo kapa ba hore Davida o ile a hlola. Empa ho na le mesaletsa ea motse oa Roma ea boholo-holo le ea ’mila o neng o feta motseng oa khale o neng o e-ea Roma ea boholo-holo, Via Recta (Seterata se Otlolohileng). Ke ntlong e ’ngoe e neng e le hona seterateng sena moo Ananiase a ileng a fumana Saule teng ka mor’a hore Saule a sokolohele Bokresteng ka mohlolo ka ntle ho Damaseka. (Liketso 9:10-19) Le hoja kajeno seterata sena se fapane haholo le kamoo se neng se le kateng mehleng ea Roma, ke hona mona moo moapostola Pauluse a ileng a qala mosebetsi oa hae o hlahelletseng. Seterata se Otlolohileng se fella keiting ea Roma ea Bab-Sharqi. Marako a motse ao holimo ho ’ona ho hahiloeng matlo a re thusa ho utloisisa kamoo Pauluse a ileng a khona ho pholoha kateng ka ho theoloa ka basekete lesobeng la lerako.—Liketso 9:23-25; 2 Bakorinthe 11:32, 33.
Hatela Pele Moeeng ka ho Latela Mohlala oa Pauluse
“Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.”—2 TIM. 4:7.
E NE e le monna ea bohlale le ea tsebang ho etsa liqeto. Leha ho le joalo, o ile ‘a itšoara tumellanong le litakatso tsa nama ea hae.’ (Baef. 2:3) Hamorao o ile a itlhalosa hore e ne e le “monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” (1 Tim. 1:13) Monna eo e ne e le Saule oa Tarsase.
2 Hamorao, Saule o ile a etsa liphetoho tse kholo bophelong ba hae. O ile a tlohela mekhoa ea hae ea nako e fetileng ’me a sebetsa ka thata hore ‘a se ke a batla se molemo ho eena empa a batle se molemo ho ba bangata.’ (1 Bakor. 10:33) O ile a ba bonolo ’me a bontša lerato ho bao pele a neng a ba hloile. (Bala 1 Bathesalonika 2:7, 8.) O ile a ngola a re: “Ke bile mosebeletsi,” eaba o phaella ka ho re: “’Na motho ea ka tlase ho e monyenyane ka ho fetisisa ho bahalaleli bohle, ke ile ka fuoa mosa ona o sa tšoanelang, e le hore ke bolelle lichaba litaba tse molemo tse mabapi le maruo a ke keng a lekanngoa a Kreste.”—Baef. 3:7, 8.
3 Saule, eo hape a neng a tsejoa e le Pauluse, o ile a hatela pele haholo moeeng. (Lik. 13:9) Tsela e ’ngoe eo ho seng pelaelo hore e ka potlakisa ho hatela pele ha rona moeeng ke ea ho ithuta mangolo a Pauluse le tlaleho ea tšebeletso ea hae ebe re etsisa mohlala oa hae oa tumelo. (Bala 1 Bakorinthe 11:1; Baheberu 13:7.) A re boneng kamoo ho etsa seo ho tla re susumetsa kateng hore re be le kemiso e ntle ea thuto ea botho, re be le lerato la sebele ho batho le hore re inke ka tsela e nepahetseng.
Kemiso ea Pauluse ea ho Ithuta
4 Joaloka Mofarisi ea neng a rupetsoe “maotong a Gamaliele, ea rupetsoeng ho ea ka ho tiea ha Molao oa baholo-holo,” Pauluse o ne a se a ntse a e-na le tsebo e itseng ea Mangolo. (Lik. 22:1-3; Bafil. 3:4-6) Hang feela ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a “kena Arabia”—eo e ka ’nang eaba e ne e le Lehoatata la Syria kapa mohlomong sebaka se itseng se khutsitseng Hloahloeng ea Arabia moo motho a neng a ka thuisa teng. (Bagal. 1:17) Mohlomong Pauluse o ne a batla ho thuisa ka mangolo a neng a paka hore Jesu ke Mesia. Ho feta moo, Pauluse o ne a batla ho itokisetsa mosebetsi o neng o mo emetse. (Bala Liketso 9:15, 16, 20, 22.) Pauluse o ile a ipha nako ea ho thuisa ka lintho tsa moea.
5 Tsebo ea Mangolo le temohisiso tseo Pauluse a ileng a li fumana thutong ea hae ea botho, li ile tsa mo thusa hore a rute ’nete ka katleho. Ka mohlala, synagogeng ea Antioke e Pisidia, Pauluse o ile a qotsa Mangolo a Seheberu ka ho toba bonyane ka makhetlo a mahlano ho paka hore Jesu e ne e le Mesia. Pauluse o ile a boela a bua ka mangolo a halalelang ka makhetlo a mangata. Mabaka a Mangolo ao a neng a fana ka ’ona a ne a susumetsa hoo “ba bangata ba Bajuda le ba basokolohi ba neng ba rapela Molimo ba [ileng ba] latela Pauluse le Barnabase” e le hore ba ithute ho ea pele. (Lik. 13:14-44) Lilemo hamorao, ha sehlopha sa Bajuda ba Roma se ne se tla ho eena sebakeng sa hae sa bolulo Pauluse o ile a se hlalosetsa litaba “ka ho paka ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo le ka ho [se] susumetsa malebana le Jesu ho tsoa molaong oa Moshe hammoho le Baprofeteng.”—Lik. 28:17, 22, 23.
6 Ha a ne a thulana le liteko, Pauluse o ile a tsoela pele ho hlahloba Mangolo ’me molaetsa oa ’ona o bululetsoeng o ile oa mo matlafatsa. (Baheb. 4:12) Ha a ntse a le chankaneng Roma pele a bolaoa, Pauluse o ile a kopa Timothea hore a mo tlisetse “meqolo” le “matlalo a ho ngolla.” (2 Tim. 4:13) Mohlomong litokomane tseo e ne e le likarolo tsa Mangolo a Seheberu tseo Pauluse a ileng a li sebelisa ha a ne a ithuta ka botebo. Ho fumana tsebo ea Mangolo ka ho ba le kemiso ea ho ithuta Bibele e ne e le habohlokoa ho Pauluse e le hore a ka lula a tiile.
7 Ho ithuta Bibele kamehla, le ho thuisa ho etsoang ka morero, ho tla re thusa ho hatela pele moeeng. (Baheb. 5:12-14) Mabapi le bohlokoa ba Lentsoe la Molimo, mopesaleme o ile a bina a re: “Molao oa molomo oa hao o molemo ho ’na, o molemo haholo ho feta likotoana tse likete tsa khauta le silevera. Taelo ea hao e ntlhalefisa ho feta lira tsa ka, kahobane ke ea ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Ke thibile maoto a ka tseleng e ’ngoe le e ’ngoe e mpe, ka morero oa hore ke boloke lentsoe la hao.” (Pes. 119:72, 98, 101) Na u na le kemiso ea botho ea thuto ea Bibele? Na u lokisetsa likabelo tseo u tla li etsa tšebeletsong ea Molimo ka moso ka ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng le ka ho thuisa ka seo u se balang?
Saule o Ile a Ithuta ho Rata Batho
8 Pele e e-ba Mokreste, Saule o ne a chesehela bolumeli ba hae, empa o ne a sa re letho ka batho bao eseng ba Bolumeli ba Sejuda. (Lik. 26:4, 5) O ile a shebella ka kananelo ha Bajuda ba bang ba ne ba tlepetsa Setefane ka majoe. E tlameha ebe Saule o ile a betefatsoa ke seo a ileng a se bona, mohlomong a nka hore Setefane o ne a loketsoe ke kahlolo eo. (Lik. 6:8-14; 7:54–8:1) Tlaleho e bululetsoeng e re: “Saule a qala ho tšoara phutheho hampe. A futuhela ntlo e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe ’me, ha a hulanyetsa banna hammoho le basali ntle, o ne a nehelana ka bona chankaneng.” (Lik. 8:3) O ile a “ea boholeng ba ho ba hlorisa esita le metseng e ka ntle.”—Lik. 26:11.
9 Saule o ne a le tseleng e eang Damaseka ho ea hlorisa barutuoa ba Kreste ba moo ha Morena Jesu a bonahala ho eena. Khanya e sa tloaelehang ea Mora oa Molimo e ile ea foufatsa Saule ea ba ea mo etsa hore a tlamehe ho thusoa ke ba bang. Nakong eo Jehova a neng a sebelisa Ananiase ho etsa hore Saule a boele a bone, maikutlo a Saule ka batho a ne a se a fetohetse ruri. (Lik. 9:1-30) Ha e e-ba molateli oa Kreste, o ile a ikitlaelletsa ho sebetsana le batho bohle joaloka Jesu. Sena se ne se bolela ho tlohela ho ba mabifi le hore a be “le khotso le batho bohle.”—Bala Baroma 12:17-21.
10 Pauluse o ne a sa khotsofalle feela hore a phele ka khotso le batho ba bang. O ne a batla ho ba bontša lerato la sebele, ’me tšebeletso ea Bokreste e ile ea mo fa monyetla oa ho etsa joalo. Leetong la hae la boromuoa la pele, o ile a bolela litaba tse molemo Asia Minor. Ho sa tsotellehe khanyetso e mabifi, Pauluse le bo-mphato ba hae ba ile ba shebana haholo le ho thusa ba bonolo hore e be Bakreste. Ba ile ba etela Lystra le Ikoniamo hape, le hoja bahanyetsi ba metseng eo ba ne ba ile ba leka ho bolaea Pauluse.—Lik. 13:1-3; 14:1-7, 19-23.
11 Hamorao, Pauluse le sehlopha sa hae ba ile ba batla batho ba neng ba batla ho ba le kamano le Molimo motseng oa Filipi o Macedonia. Mosokolohi oa Mojuda ea bitsoang Lydia o ile a mamela litaba tse molemo ’me ea e-ba Mokreste. Batho ba boholong sechabeng ba ile ba otla Pauluse le Silase ka melamu eaba ba ba lahlela chankaneng. Leha ho joalo, Pauluse o ile a bolella molebeli oa teronko litaba tse molemo, ’me eena le ba lelapa la hae ba ile ba kolobetsoa hore e be barapeli ba Jehova.—Lik. 16:11-34.
12 Ke hobane’ng ha Saule eo e neng e kile ea e-ba mohlorisi a ile a amohela tumelo ea batho bao a neng a ba hlorisa? Ke eng e ileng ea susumetsa monna eo oa monyefoli hore e be moapostola ea mosa le ea lerato, ea neng a ikemiselitse ho beha bophelo ba hae kotsing e le hore ba bang ba ka ithuta ’nete ka Molimo le Kreste? Pauluse ka boeena oa hlalosa: “Molimo, ea ileng a . . . mpitsa ka mosa oa hae o sa tšoanelang, [o ile] a nahana hore ho molemo ho senola Mora oa hae mabapi le ’na.” (Bagal. 1:15, 16) Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “Ke [ile] ka bontšoa mohau . . . e le hore ka ’na ke le mohlala o ka pele-pele Kreste Jesu a ka bontša tiisetso eohle ea hae hore e be mohlala bakeng sa ba tlang ho beha tumelo ea bona ho eena bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (1 Tim. 1:16) Jehova o ile a tšoarela Pauluse, ’me ho bontšoa mosa o joalo o sa tšoanelang le mohau, ho ile ha mo susumelletsa hore a bontše lerato ho ba bang ka ho ba bolella litaba tse molemo.
13 Ka ho tšoanang, Jehova o tšoarela libe tsa rona le liphoso tsa rona. (Pes. 103:8-14) Mopesaleme o ile a botsa: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pes. 130:3) Haeba Molimo a ne a sa re bontše mohau, ha ho le ea mong oa rona ea neng a ka thabela tšebeletso e halalelang, kapa a ba le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng. Mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bile moholo haholo ho rona kaofela. Kahoo, joaloka Pauluse, re lokela ho lakatsa ho bontša lerato ho ba bang ka ho ba bolella litaba tse molemo le ka ho ba ruta ’nete le ka ho matlafatsa balumeli-’moho le rona.—Bala Liketso 14:21-23.
14 Pauluse o ne a batla ho ba ’moleli oa litaba tse molemo ea hatelang pele, ’me mohlala oa Jesu o ile oa mo ama pelo. Litsela tse ling tseo ka tsona Mora oa Molimo a ileng a bontša batho lerato le fetisisang e bile ka tšebeletso ea hae ea phatlalatsa. Jesu o ile a re: “Kotulo e kholo, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kope Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mat. 9:35-38) Pauluse o ile a sebetsa tumellanong le kopo leha e le efe eo e ka ’nang eaba o ile a e etsa ea hore ho eketsoe basebetsi, ka hore a etse mosebetsi ka cheseho. Uena u etsa joang? Na u ka ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea hao? Kapa na u ka eketsa nako eo u e qetang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso, mohlomong u be u hlophise lintho e le hore u ka ba pula-maliboho? A re bontšeng ba bang lerato la sebele ka ho ba thusa hore ba ‘tšoare ka thata lentsoe la bophelo.’—Bafil. 2:16.
Pauluse o ne a Inka Joang?
15 E le ’moleli oa Mokreste, ho na le tsela e ’ngoe eo Pauluse a ileng a re behela mohlala o ikhethang ka eona. Le hoja a ile a fuoa likabelo tse ngata ka phuthehong ea Bokreste, Pauluse o ne a tseba hantle hore ho ne ho se na letho leo a le entseng le neng le entse hore a fumane litlhohonolofatso tseo ’me o ne a sa nke hore o ne a e-na le tokelo ea ho li fumana ka lebaka la bokhoni ba hae. O ile a hlokomela hore litlhohonolofatso tseo a neng a e-na le tsona e ne e le sesupo sa mosa o sa tšoanelang oa Molimo. Pauluse o ile a hlokomela hore Bakreste ba bang le bona e ne e le baboleli ba atlehang ba litaba tse molemo. Ho sa tsotellehe boemo ba hae har’a batho ba Molimo, o ile a lula a ikokobelitse.—Bala 1 Bakorinthe 15:9-11.
16 Hlokomela kamoo Pauluse a ileng a sebetsa bothata bo ileng ba hlaha motseng oa Antioke oa Syria. Phutheho ea moo ea Bokreste e ne e sa lumellane tabeng ea lebollo. (Lik. 14:26–15:2) Kaha Pauluse o ne a khethetsoe hore a etelle pele mosebetsing oa ho bolela har’a Balichaba ba sa bollang, o ne a ka ’na a nahana hore ke setsebi tabeng ea ho sebetsana le bao eseng Bajuda ’me ka lebaka leo o ne a tšoaneleha ka botlalo hore a ka rarolla bothata boo. (Bala Bagalata 2:8, 9.) Leha ho le joalo, ha ho ne ho bonahala hore matsapa ao a a entseng ha a rarolle bothata, ka boikokobetso le boinyenyefatso o ile a latela litokisetso tsa ho ea tšohla taba ena le sehlopha se busang se neng se le Jerusalema. O ile a sebelisana le litho tsa sona ha li ntse li mametse taba ’me li fihlela qeto li bile li mo roma hore e be e mong oa manģosa a sona. (Lik. 15:22-31) Kahoo Pauluse o ile a ‘etella pele ho bontšeng tlhompho’ ho bahlanka-’moho le eena.—Bar. 12:10b.
17 Pauluse ea neng a ikokobelitse ha aa ka a ikarola ho bara le baralib’abo ka liphuthehong. Ho e-na le hoo, o ne a momahane le bona. Qetellong ea lengolo la hae le eang ho Baroma, o ile a lumelisa batho ba 20 a ba bolela ka mabitso. Boholo ba bona ha ho moo ho buuoang ka bona hape ka Mangolong, ’me ke ba seng bakae ba neng ba e-na le likabelo tse khethehileng. Empa e ne e le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, ’me Pauluse o ne a ba rata haholo.—Bar. 16:1-16.
18 Boikokobetso ba Pauluse le botsoalle ba hae li ne li matlafatsa liphutheho. Ka mor’a hore a kopane le baholo ba tsoang Efese ka lekhetlo la ho qetela, “[ba ile] ba itihela molaleng oa Pauluse ’me ba mo aka ka lerato, hobane ba ne ba utloisitsoe bohloko haholo-holo ke lentsoe leo a neng a le buile la hore ba ne ba ke ke ba hlola ba bona sefahleho sa hae.” Ba ka be ba sa ka ba itšoara ka tsela eo haeba ho ne ho tsamaea monna ea ikakasang le ea iphahamisang.—Lik. 20:37, 38.
19 Bohle ba lakatsang ho hatela pele moeeng ba lokela ho bontša moea oa boikokobetso o tšoanang le oa Pauluse. O ile a khothatsa Bakreste-’moho le eena hore ba se etse ‘letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong ba nke hore ba bang ba ba phahametse.’ (Bafil. 2:3) Re ka sebelisa keletso eo joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho sebelisana le baholo phuthehong ea habo rona, re latela tataiso ea bona le ho tšehetsa liqeto tsa boahloli tseo ba li etsang. (Bala Baheberu 13:17.) Tsela e ’ngoe ke ka ho hlompha haholo bara le baralib’abo rona ka phuthehong. Hangata ka liphuthehong tsa batho ba Jehova ho na le batho ba tsoang lichabeng, litsong, merabeng le mehlobong e fapa-fapaneng. Leha ho le joalo, na ha rea lokela ho ithuta ho tšoara batho bohle ka ho hloka leeme le ka lerato, joalokaha Pauluse a ile a etsa? (Lik. 17:26; Bar. 12:10a) Re khothalletsoa hore re ‘amohelane, feela joalokaha Kreste le eena a ile a re amohela, ka tebello ea khanya ho Molimo.’—Bar. 15:7.
‘Matha ka Mamello’ Peisong ea Bophelo
20 Bophelo ba Mokreste bo ka tšoantšoa le lebelo la mokoka. Pauluse o ile a ngola: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo. Ho tloha nakong ena ho ea pele ke boloketsoe moqhaka oa ho loka, oo Morena, moahloli ea lokileng, a tla ’neha oona e le moputso ka letsatsi leo, empa leha ho le joalo eseng ’na feela, empa le bohle ba ratileng ponahalo ea hae.”—2 Tim. 4:7, 8.
21 Ho latela mohlala oa Pauluse ho tla re thusa hore re atlehe ha re matha peisong ea bophelo bo sa feleng. (Baheb. 12:1) Ka lebaka leo, a re tsoeleng pele ho hatela pele moeeng ka ho ba le kemiso e ntle ea thuto ea botho, ka ho ba le lerato le tebileng bakeng sa batho le ka ho lula re ikokobelitse.
KHAOLO EA 51
“O Ile a Khothatsa Batho ba Bang”
w98 4/15 20 ¶4, nal.
Barnabase—“Mora oa Matšeliso”
Kapele ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., Barnabase, eo e neng e le Molevi ea tsoang Cyprase, ka ho rata o ile a rekisa karolo e itseng ea setša ’me a fa baapostola chelete eo. Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo? Tlaleho e ho Liketso e re bolella hore har’a Bakreste ba Jerusalema ka nako eo, “ho ne ho abeloa e mong le e mong, hantle feela kamoo a neng a hloka kateng.” Ho hlakile hore Barnabase o ile a bona hore ho na le tlhokahalo, ’me ka lerato o ile a etsa ho hong ka hona. (Liketso 4:34-37) E ka ’na eaba e ne e le motho ea ikemetseng licheleteng, empa o ne a sa qeaqee ho fana ka lintho tsa hae tse bonahalang le ka eena ka boeena bakeng sa ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele. Setsebi F. F. Bruce oa hlokomela: “Hohle moo Barnabase a neng a hlokomela hore ho na le batho ba hlokang khothatso kapa a bona maemo a hlokang khothatso, o ne a fana ka khothatso eohle eo a neng a khona ho fana ka eona.” Sena se totobala ketsahalong ea bobeli eo a hlahang ho eona.
[Naletsana]
Ha ho hlahlojoa se laetsoeng ke Molao oa Moshe, ba bang ba ipotsitse hore na ho tlile joang hore Barnabase, oa Molevi, a be le setša. (Numere 18:20) Leha ho le joalo, ho lokela hore ho hlokomeloe hore ha hoa hlaka hore na setša seo se ne se le Palestina kapa Cyprase. Ho feta moo, ho ka etsahala hore ebe e ne e mpa e le setša sa mabitla seo Barnabase a neng a se fumane Jerusalema. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, Barnabase o ile a tela setša sa hae bakeng sa ho thusa ba bang.
it “Barnabase” ¶3
Barnabase
E ne e le motho ea pelo e ntle haholo ebile a le seatla se bulehileng. Hape o ne a ikemiselitse ho itela le ho tela lintho tseo a nang le tsona bakeng sa ’Muso oa Molimo. O ne a thabela ho “thusa” Bakreste-’moho le eena (Lik 9:27), hape ha a ne a e-na le barutuoa ba bacha o ile ‘a ba khothalletsa ho lula ba tšepahalla Morena ka lipelo tsohle tsa bona.’ Barnabase “e ne e le monna ea lokileng, a e-na le tumelo a bile a tletse moea o halalelang” (Lik 11:23, 24), hape e ne e le moprofeta le mosuoe Antioke. (Lik 13:1) Baapostola ba ile ba mo balella har’a batho bao ba “ba ratang” ba ileng ‘ba beha bophelo ba bona kotsing ka lebaka la lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste.’ (Lik 15:25, 26) Le hoja e ne e se e mong oa baapostola ba 12, o ne a bitsoa moapostola (Lik 14:14), kaha o ne a ‘rometsoe ke moea o halalelang.’—Lik 13:4, 43.
it “Saeprase” ¶7
Saeprase
Luka o ne a nepile ha a re sehlekehlekeng sa Saeprase ho ne ho e-na le ’musi oa setereke, hobane Saeprase e ne e se e le ka tlas’a taolo ea ’muso oa Senate oa Roma, selemong sa 22 pele ho mehla ea Jesu. Kahoo, ’musi ea neng a khethoa sehlekehlekeng seo ho tloha ka nako eo, o ne a bitsoa ’musi oa setereke, e leng motlatsi oa ’musi eo e neng e le moemeli oa Senate.
bt 97, lebokose
“Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”
LISTRA LE BORAPELI BA ZEUSE LE HERMESE
Listra e ne e le phuleng e thoko le litsela tse kholo. Sesare Augustase o ile a khetha motse ona hore e be kolone ea Roma, a o bitsa Julia Felix Gemina Lustra. Qhobosheane ea oona e ne e lokela ho sireletsa profinse ea Galatia melokong e lulang libakeng tse lithaba. Kahoo, motse ona o ne o tsamaisoa ho latela tsamaiso e tloaelehileng ea Roma, ’me ba boholong ba e-na le litlotla tsa Selatine. Leha ho le joalo, batho ba Listra ba ne ba ntse ba tšoareletse mekhoeng ea bona e mengata. Ho ne ho rena mekhoa ea Selikaonia ho feta ea Seroma, ’me ha e le hantle, batho ba Listra bao ho buuoeng ka bona bukeng ea Liketso ba ne ba bua Selikaonia.
Har’a lintho tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale Listra ea boholo-holo ke mengolo e buang ka “baprista ba Zeuse” le seemahale sa molimo Hermese. Ho ile ha boela ha fumanoa aletare e nehetsoeng ho Zeuse le Hermese sebakeng seo.
Pale e ngotsoeng ke seroki sa Moroma se bitsoang Ovid (43 B.C.E. ho ea ho 17 C.E.), e fana ka lintlha tse eketsehileng tsa buka ea Liketso. Ho latela Ovid, melimo e bitsoang Jupiter le Mercury, e leng mabitso a Seroma a melimo eo Bagerike ba e bitsang Zeuse le Hermese, e ile ea etela sebakeng se maralla sa Frigia e iphetotse batho. E ile ea kopa bolulo malapeng a sekete, empa ha ho motho ea ileng a e amohela. Philemon le Baucis, e leng banyalani ba holileng, ke bona feela ba ileng ba e amohela ntlong ea bona e nyenyane ea boemo bo tlase. Ka lebaka leo, Zeuse le Hermese ba ile ba fetola ntlo eo tempele ea ’mabole le khauta, ’me ba etsa banyalani bana ba holileng baprista, eaba ba heletsa matlo a batho ba sa kang ba ba amohela. The Book of Acts in Its Graeco-Roman Setting e re: “Haeba batho ba Listra ba ile ba hopola pale eo ha ba bona Pauluse le Barnabase ba folisa monna ea holofetseng, ha ho makatse hore ebe ba ne ba ka rata ho ba amohela ka ho ba etsetsa mahlabelo.”
Rarolla Likhang ’me u Bope Khotso
JEHOVA MOLIMO o batla Bakreste ba boloke khotso. O batla hore e be ntho e ka sehloohong bophelong ba rona. Haeba re mamela keletso ena ea Jehova ho tla ba le khotso ka phuthehong. Sena se ka etsa hore batho ba bang ba batle ho sebeletsa Jehova ’moho le rona.
Ka mohlala, ntate e mong oa ngaka ea setso ea tsebahalang naheng ea Madagascar o ile a khahloa ke khotso e neng e le teng ka phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova. O ne a ee a ipolelle hore haeba a batla ho kena kereke e tla ba Paki. Ka mor’a nako o ile a khaotsa ho ba ngaka ea setso, a boela a qeta nako a leka ho lokisa boemo ba hae ba lenyalo hore bo lumellane le Bibele eaba e ba morapeli oa Jehova.
Batho ba bangata ba neng ba batla khotso joaloka ngaka eo ea setso, ba e fumane ka phuthehong ea Bokreste. Bibele e re ho ba le “poulelo e feteletseng le ho rata likhang” ho ka luka khotso ka phuthehong. (Jak. 3:14-16) Ho thabisang ke hore Bibele e re fa keletso ea hore na re ka qoba mathata ao joang ho boloka bonngoe ba phutheho. Sehloohong sena re tl’o bona mehlala e tl’o re thusa ho utloisisa taba ena.
TSELA EA HO RAROLLA MATHATA
“’Na le mor’abo rona eo ke neng ke sebetsa le eena re ne re sa utloane. Ka lekhetlo le leng banna ba bang ba babeli ba ile ba re fumana re kharumelana.”—CHRIS.
“Morali’abo rona eo ke neng ke tloaetse ho ea tšimong le eena o ile a khaotsa ho tsamaea le ’na. Eaba le ho mpuisa ha a sa mpuisa. Bothata ke hore ke ne ke sa tsebe le hore na ke fositse hokae.”—JANET.
“Ka letsatsi le leng ke ne ke ntse ke bua le barab’abo rona ba babeli mohaleng. E mong oa bona o ile a re fonanisa eaba ke se ke bua ka eena athe ha a e-s’o koale fono.”—MICHAEL.
“Bo-pula-maliboho ba babeli ba phuthehong ea rona ba ile ba qoaketsana eaba e mong o choachoathela e mong. Qoaketsano ena ea bona e ile ea nyahamisa bahoeletsi ba bang.”—GARY.
Mohlomong u nahana hore liketsahalo tsena ha li re letho. Leha ho le joalo li ka ama kamano ea rona le Jehova tsa ba tsa re sithabetsa maikutlong haeba re ka ameha ho e ’ngoe ea tsona. Empa hoa thabisa ho tseba hore bara le barali babo rona ba neng ba ameha liketsahalong tsena tse ka holimo, ba ile ba sebelisa Bibele ho bopa khotso. A re hlahlobeng likeletso tsa Bibele tseo ba ileng ba li sebelisa.
“Le se ke la khenelana tseleng.” (Gen. 45:24) Josefa o ile a fa bara babo keletso ena e bohlale ha ba khutlela ho ntate oa bona Jakobo. Ha motho e le sefela-peloana kapa a sitoa ho laola maikutlo a hae, a ka ’na a halefisa ba bang. Chris eo ho builoeng ka eena pejana, o ile a hlokomela hore oa ikhohomosa hape ha a amohele likeletso. Kaha o ne a batla ho etsa lintho ka tsela e nepahetseng, o ile a kopa tšoarelo ho mor’abo rona eo ba neng ba sa utloane, eaba o sebetsa ka thata ho laola bohale ba hae. Mor’abo rona enoa ea sebetsang le Chris o ile a mo tšoarela eaba ba lokisa litaba. Hona joale ba sebeletsa Jehova ba e-na le khotso.
“Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu.” (Liprov. 15:22) Janet o ile a bona bohlokoa ba ho sebelisa seo a ithutileng sona ka Bibeleng, eaba o leka ho lokisa litaba le morali’abo rona eloa eo ba neng ba ea tšimong le eena. O ile a etsa hore morali’abo rona a phutholohe ’me a hlalose moo bothata bo leng teng. Qalong puisano ea bona e ne e se monate empa ha ba ntse ba buisana litaba li ile tsa boela malulong. Morali’abo rona o ne a utloile taba eo a neng a nahana hore e ama Janet, athe ha ho joalo. O ile a kopa tšoarelo ’me hona joale ba sebeletsa Jehova ’moho ba thabile.
“Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele.” (Mat. 5:23, 24) Mohlomong u hopola keletso eo Jesu Kreste a ileng a fana ka eona thutong ea hae ea thabeng. Michael o ne a nyahame ha a hlokomela hore ha aa bontša ho nahanela ka ho bua ka mor’abo fonong. O ne a ikemiselitse ho lokisa litaba le eena. O ile a ikisa ho mor’abo rona ka seqo ho ea kopa tšoarelo. E ile ea e-ba metsoalle hape. Michael o re: “Mor’eso o ile a ntšoarela e le kannete.”
“Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.” (Bakol. 3:12-14) Ha moholo e mong a leka ho thusa bo-pula-maliboho ba ileng ba qoaketsana o ile a ba kopa hore ba nahanisise ka lipotso tsena: ‘Na ka sebele re ka lumella ho se utloane ha rona hore ho ame ba bang ka phuthehong? Na ha kea lokela ho mamella mefokolo ea ngoan’eso e le hore re sebeletse Jehova re thabile?’ Ba ile ba amohela keletso ea moholo eo ’me ba tšoarelana. Hona joale ba bolela litaba tse molemo ’moho ba thabile.
Lengolo la Bakolose 3:12-14 le qotsitsoeng ka holimo le ka re thusa haeba re utloisitsoe bohloko. Boikokobetso bo thusitse ba bangata ho tšoarelana le ho lebala liphoso tsa ba bang. Na molao-motheo o hlahang ho Mattheu 18:15 o ka sebelisoa haeba ka mor’a nako bothata bo ntse bo sa rarollehe? Keletso ea Jesu mona e sebetsa haeba mor’eno a u etselitse sebe se tebileng, empa mohato oa pele o lokela ho nkoa ke uena. Ka hona e-ea u lokise phoso le mor’eno ’me le leke ho rarolla bothata.
Bibele e boetse e fana ka likeletso tse ling. E le hore likeletso tsena li ka re thusa, re lokela ho bonahatsa “litholoana tsa moea . . . lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” (Bagal. 5:22, 23) Joaloka oli e thusang hore mochine o se ke oa e-ba mafome, litšobotsi tseo tse khahlehang li ka re thusa ho bopa khotso ka phuthehong.
LIMELO TSA RONA TSE FAPANENG LI KA MATLAFATSA PHUTHEHO
Limelo tsa rona tse sa tšoaneng li ka re thusa hore re utloane le metsoalle ea rona kapa re qabane le batho. Moholo e mong ea nang le phihlelo o ile a fana ka mohlala ona: “Motho ea lihlong a ka ’na a thatafalloa ke ho tloaelana le ea buang haholo. Phapang ena e ka bonahala e le nyane, empa e ka baka mathata a maholo.” Na ho ka etsahala hore batho ba nang le limelo tse sa tšoaneng ba utloane? Ak’u nahane ka moapostola Petrose le moapostola Johanne. Mohlomong u nahana hore Petrose o ne a le mafolofolo a bile a ipuela feela. Johanne eena? Re ka nahana hore o ne a rata batho le hoja e ka ’na eaba o ne a sa bue haholo. Ho bonahala tsela eo baapostola bana ba babeli ba neng ba etsa lintho ka eona e ne e fapane. Leha ho le joalo ba ne ba sebelisana hantle. (Lik 8:14; Bagal. 2:9) Ho joalo le kajeno. Bakreste bao ebang ba fapane ka limelo ba ka khona ho sebetsa ’moho.
Mohlomong phuthehong ea heno ho na le Mokreste-’moho ea u khopisitseng. Empa joale u hlokomela hore Kreste o shoetse eena motho enoa joalokaha le uena a u shoetse ’me o lebeletse hore u rate mor’eno. (Joh. 13:34, 35; Bar. 5:6-8) Pele u ka khaola maqhama a setsoalle pakeng tsa hao le mor’eno ak’u ipotse: ‘Na ho na le ntho eo a e etsang e khahlanong le Mangolo? Na o nkhopisa ka boomo? Kapa re mpa re e-na le limelo tse fapaneng?’ Potso e ’ngoe ea bohlokoa e ka ba hore: ‘Na ho na le lintho tseo a li etsang hantle tseo nka ruang molemo ho tsona?’
Potso eo ea ho qetela ke ea bohlokoa. Haeba Mokreste-’moho le uena o bua haholo joale uena u lihlong, ak’u nahane hore na ho tlameha ho le bonolo hakaakang ho eena ho qala moqoqo ha a le tšebeletsong ea tšimo. U ka ’na oa mo kopa hore a tsamaee le uena tšebeletsong ea tšimo e le hore u ithute tseleng eo a etsang lintho ka eona. Mohlomong o seatla se bulehileng ho u feta, kahoo, u ka mo etsisa ’me oa ithuta ho fana le ho thusa batho ba hlokang. Ha u etsa joalo u ka thaba. Hafeela u sheba lintho tse ntle ka bara le barali beno u ntse u ka khona ho utloana le bona le haeba le e-na le limelo tsa sa tšoaneng. Ho etsa joalo ho tla u thusa ho ba le khotso ho be ho etse hore e be teng le ka phuthehong.
Ho ka etsahala hore ebe Evodia le Syntike ba ne ba e-na le limelo tse sa tšoaneng, empa Pauluse o ile a ba khothalletsa hore “ba be le kelello e tšoanang Moreneng.” (Bafil. 4:2) Le uena u ka leka ho etsa se tšoanang molemong oa khotso.
RAROLLA BOTHATA PELE BO TOTA
Ho ba le maikutlo a fosahetseng ka motho e mong ho ka tšoana le ha serapa se setle sa lipalesa se tletse lehola. Khotso ea phutheho e ka lukeha haeba motho a ka lula a halefetse ba bang. Haeba re rata Jehova le Bakreste-’moho le rona re tla leka ka matla hore re boloke khotso ka phuthehong e le hore re se ke ra khopisa ba bang.
Phutheho e ka lula e e-na le khotso haeba re ka leka ho rarolla mathata ka sepheo se setle. Morali’abo rona e mong ha a pheta se neng se mo etsahalla o re: “Ho na le morali’abo rona e mong ea neng a sebelisana le ’na joalokaha eka ke ngoana. Ke ne ke utloa a ntena eaba ke ipolella hore ha ke na ho bua le eena hantle. ‘O ne a sa ntlhomphe eaba ke bona ho sa hlokahale hore ke mo hlomphe le ’na.’”
Morali’abo rona enoa o ile a qala ho nahanisisa ka taba ena. O re: “Ke ile ka soaba haholo ha ke hlokomela hore ke entse phoso. Ke ne ke lokela ho nahana taba ena ka tsela e ’ngoe. Ke ile ka bua le Jehova ka taba ena, eaba ke rekela morali’abo rona eo mpho e nyenyane, ka ba ka mo ngolla molaetsa ke kopa tšoarelo. Re ile ra lokisa litaba, ra hakana ra ba ra lumellana hore e fetile. Esale re sebelisana hantle ho tloha ka nako eo.”
Le hoja batho ba labalabela khotso, ha ba utloa eka ba bang baa ba tella, baa khopeha ebe khotso ea lukeha. Sena se etsahalla batho bao e seng barapeli ba Jehova, empa ho batho ba ithutang Bibele, bonngoe le khotso e lokela ho ba lintho tse ka sehloohong. Jehova o ile a susumelletsa Pauluse ho ngola mantsoe ana: “Ke le kopa ka tieo hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang pitso eo le ileng la bitsoa ka eona, ka ho ikokobetsa ho feletseng kelellong le bonolo, ka tiisetso, le mamellane ka lerato, le leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.” (Baef. 4:1-3) “Tlamo e kopanyang ea khotso” ke ea bohlokoa. Kahoo, re lokela ho ikemisetsa ho lula re e matlafatsa le nakong eo re ka qabanang le bara le barali babo rona.
[Lebokose le maqepheng a 18, 19]
Pauluse le Barnabase ba ne ba sa Tšoane Empa ba Sebetsa ka Khotso
Pauluse e ne e le motho ea bohale haholo pele e e-ba Mokreste. Bibele ha e bua ka eena e re o ne “a tletse tšokelo le polao khahlanong le barutuoa ba Morena.” (Lik 9:1) Ha a hlalosa tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka Bakreste o ile a re: “Ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa.”—Lik 26:11.
O ile a fetoha ka mor’a hore a kolobetsoe. Leha ho le joalo, Bakreste ba Jerusalema “kaofela ba ne ba mo tšaba, hobane ba ne ba sa lumele hore ke morutuoa.”—Lik 9:26.
Mokreste e mong oa Cyprase ea bitsoang Josefa o ile a thusa phutheho hore e amohele Pauluse. O ne a tsejoa e le motho ea ratang batho. Ba ne ba bile ba mo rehile “Barnabase” e bolelang “Mora oa Matšeliso.” (Lik 4:36, 37) O ile a thusa Pauluse ’me ba etellang pele ka nako eo ba ne ba mo hlompha. Bibele e re: “Barnabase a mo phallela ’me a mo isa ho baapostola, eaba o ba bolella ka ho qaqileng kamoo a neng a bone Morena tseleng, . . . le kamoo a neng a buile ka sebete ka lebitso la Jesu Damaseka.” (Lik 9:26-28) Ka mor’a hore Barnabase a phetele phutheho e Jerusalema lintho tsena, e ile ea qala ho amohela Pauluse. Ho e-s’o ee kae Barnabase le Pauluse ba ile ba sebetsa ’moho e le baromuoa.—Lik 13:2, 3.
Pauluse e ne e le motho ea tobang taba. Leha ho le joalo ho ne ho ka etsahala hore ebe Barnabase o ne a bona bohlokoa ba hore Pauluse a etse lintho ka tsela eo. E tlameha ebe Pauluse le eena o ne a thabela hore ebe Barnabase ke motho ea mosa ea bileng a nang le kutloelo-bohloko.
Bibele e re bolella hore ho ile ha e-ba le “ho phatloha ho hoholo ka bohale,” pakeng tsa bona. Ho latela tlaleho ena ho phatloha hona ho ne ho sa bakoe ke hore limelo tsa bona ha li tšoane. Ho fapana le hoo, e re ba ne ba bua ka hore na Johanne ea neng a bitsoa Mareka oa tšoaneleha ho ba moromuoa kapa che.—Lik 15:36-40.
Le hoja Pauluse le Barnabase ba ne ba e-na le limelo tse sa tšoaneng, ba ile ba khona ho sebetsa ’moho pele ho ketsahalo ena. Bibele e bontša hore Pauluse le Mareka ba ile ba boela ba sebetsa ’moho. (Bakol. 4:10) Tlaleho ena ke bopaki ba hore batho ba limelo tse sa tšoaneng ba ile ba sebetsa ’moho ka khotso. Sena se bolela hore le rona kajeno re ntse re ka etsa se tšoanang.
KHAOLO EA 52
“O Nthusa Haholo”
Mareka—‘O na le Thuso Bakeng sa ho Sebeletsa’
Mareka, eo ho bonahalang a ne a tsoa lelapeng la Bajuda ba ikhonang, o ne a holetse Jerusalema. Lekhetlo la pele leo re utloang a boleloa ka lona ka ho toba, ke moo ho buuoang ka histori ea phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. Hoo e ka bang ka 44 C.E., ha lengeloi la Jehova le ne le lokolla moapostola Petrose ka mohlolo chankaneng ea Heroda Agripa I, Petrose o ile a leba “ntlong ea Maria ’mè oa Johanne ea neng a boetse a rehiloe Mareka, moo ba bangata ba neng ba bokane ’me ba rapela.”—Lik. 12:1-12.
Kahoo, ho bonahala eka liboka tsa phutheho ea Jerusalema li ne li tšoareloa ntlong ea ’mè oa Mareka. Taba ea hore ebe “ba bangata” ba ne ba bokane moo, e fana ka maikutlo a hore ntlo eo e ne e le kholo. Maria o ne a e-na le lekhabunyane le bitsoang Roda, le ileng la ea bulela Petrose ha a ne a kokota ‘monyakong oa tsela ea heke.’ Lintlha tsena li bontša hore Maria e ne e hlile e le mosali ea ikhonang. Ho boetse ho boleloa hore ntlo e ne e le ea hae ho e-na le hore ho thoe e ne e le ea monna oa hae, kahoo ho ka etsahala hore ebe e ne e le mohlolohali le hore Mareka o ne a sa le monyenyane haholo.—Lik. 12:13.
Mareka—‘O na le Thuso Bakeng sa ho Sebeletsa’
Ho ile ha feta nako e ka etsang selemo, ’me moea o halalelang o ile oa tataisa Pauluse le Barnabase hore ba nke leeto la boromuoa. Ba ile ba tloha Antioke ba ea Cyprase. Johanne Mareka o ile a tsamaea le bona “e le mohlanka” oa bona. (Lik. 13:2-5) Mohlomong Mareka o ne a lokela ho etsa lintho tse neng li hlokahala leetong leo e le hore baapostola bao ba ka tsepamisa likelello tsa bona mosebetsing oa boromuoa.
Mareka—‘O na le Thuso Bakeng sa ho Sebeletsa’
Ha u bala ka maeto a fapa-fapaneng ao Mareka a ileng a a nka, oa bona hore o ne a tsamaea haholo. Ha habo e ne e le Jerusalema, eaba o fallela Antioke, ’me ha a le moo o ile a ea Cyprase le Perga. Ka mor’a moo o ile a ea Roma. Ho tloha moo Pauluse o ne a batla ho mo roma Kolose. Empa ha hoa ka ha fella moo!
Moapostola Petrose o ngotse lengolo la hae la pele hoo e ka bang ka 62 ho ea ho 64 C.E. O ile a ngola a re: “Ea leng Babylona, . . . o le romela litumeliso, le mora oa ka Mareka o le romela litumeliso.” (1 Pet. 5:13) Kahoo, Mareka o ile a ea Babylona e le hore a e’o sebetsa le moapostola enoa eo lilemo pele ho moo, a neng a e-ba teng libokeng tsa Bokreste habo Mareka.
Ha Pauluse a ne a le litlamong ka lekhetlo la bobeli Roma, hoo e ka bang ka 65 C.E., ’me a ngola hore a bitse Timothea Efese, o ile a eketsa ka ho re: “Nka Mareka ’me u tle le eena.” (2 Tim. 4:11) Kahoo, nakong eo Mareka o ne a le Efese. Ha ho pelaelo hore o ile a lumela ha Pauluse a ne a re a khutlele Roma le Timothea. Ho nka maeto ho ne ho se bonolo nakong eo, empa Mareka o ne a nka maeto ao ka boithatelo.
Mareka ha aa ka a Nyahama
Petrose le Mareka ba ne ba sebeletsa Molimo hammoho ka kutloano. Bonnete ba sena bo totobala ha re bala Kosepele ea Mareka. Ho eona Mareka o re phetela lintho tseo Petrose a li boneng ka mahlo. Ka mohlala, bapisa se boleloang ka sefefo se neng se le Leoatleng la Galilea. Mareka o eketsa ka ho bolela hore na Jesu o ne a robetse hokae ka sekepeng le hore na o ne a robetse holim’a eng, e leng lintho tse ka beng li hlokometsoe ke Petrose ea tšoasang litlhapi. A re bone bopaki ba sena ka hore re bale ’me re bapise seo Bibele e se buang ka litaba tsena ho Matheu 8:24; Mareka 4:37, 38; le Luka 8:23.
Mareka ha aa ka a Nyahama
Ruta Bana ba Hao
MAREKA o ngotse e ’ngoe ea libuka tse ’nè tsa Bibele tse buang ka bophelo ba Jesu. Ke eona e khutšoanyane ho li feta le e bonolo ka ho fetisisa. Mareka e ne e le mang? Na u nahana hore o ne a tseba Jesu?— A re ke re bue ka mathata a ileng a hlahela Mareka ’me re ithute hore na ke hobane’ng ha a sa ka a khaotsa ho ba Mokreste.
Ho buuoa ka Mareka ka lekhetlo la pele ka Bibeleng ka mor’a hore Morena Heroda Agripa a koalle Petrose teronkong. Bosiung bo bong lengeloi le ile la lokolla Petrose, ’me hang-hang a leba ha Maria, ’mè oa Mareka, ea neng a lula Jerusalema. Lilemo tse ka bang leshome ka mor’a hore Jesu a bolaoe ka Paseka ea 33 C.E., Petrose o ile a lokolloa teronkong.—Liketso 12:1-5, 11-17.
Na oa tseba hore ke hobane’ng Petrose a ile a ea ha Maria?— Mohlomong ke kahobane a ne a tseba litho tse ling tsa lelapa la hae a bile a tseba hore barutuoa ba Jesu ba ne ba tšoarela liboka ha hae. E ne e se e le khale motsoala oa Mareka ea bitsoang Barnabase e bile morutuoa, bonyane e bile morutuoa ho tloha ka Mokete oa Pentekonta ea 33 C.E. Bibele e re o ile a fa barutuoa ba bacha lintho tse ngata ka nako eo. Kahoo, e ka ’na eaba Jesu o ne a tseba Barnabase, esita le Mareka le ’mè oa hae Maria.—Liketso 4:36, 37; Bakolose 4:10.
Kosepeleng ea hae, Mareka o itse bosiung boo Jesu a ileng a tšoaroa ka bona, ho ne ho e-na le mohlankana ea neng a apere seaparo “’meleng o hlobotseng.” Ha lira li tšoara Jesu, Mareka o re mohlankana eo o ile a qela ho leoto. U nahana hore mohlankana eo e ne e le mang?— Mohlomong e ne e le Mareka! Kahoo, ha Jesu le baapostola ba hae ba tloha bosiung boo, mohlomong Mareka o ile a akhela seaparo feela eaba oa ba latela.—Mareka 14:51, 52.
Ka sebele Mareka o holetse har’a batho ba ratang Molimo. Mohlomong o ne a le teng ha moea o halalelang o ne o tšolloa ka Pentekonta ea 33 C.E., ’me o ne a tloaelane le bahlanka ba Molimo ba tšepahalang, ba kang Petrose. Empa o ile a boela a tsamaea le motsoal’ae Barnabase, ea ileng a thusa Saule ka hore a mo tsebise Petrose ka mor’a lilemo tse ka bang tharo hoba Jesu a itlhahise ho Saule ponong. Lilemo tse itseng hamorao, Barnabase o ile a romeloa Tarsase ho ea batla Saule.—Liketso 9:1-15, 27; 11:22-26; 12:25; Bagalata 1:18, 19.
Ka 47 C.E., Barnabase le Saule ba ile ba khetheloa hore ba bolele evangeli linaheng tse ling. Ba ile ba tsamaea le Mareka, empa ka mabaka a sa boleloang, Mareka o ile a ba siea eaba o khutlela hae Jerusalema. Seo se ile sa halefisa Saule, eo hamorao a ileng a tsejoa ka lebitso la hae la Seroma la Pauluse. ’Me ha aa ka a hlokomoloha ketso ea Mareka eo a neng a nka hore e mpe haholo.—Liketso 13:1-3, 9, 13.
Ha Pauluse le Barnabase ba khutla moo ba neng ba bolela evangeli teng, ba ile ba bolela kamoo ba ileng ba atleha ka ho hlollang kateng. (Liketso 14:24-28) Likhoeli tse itseng hamorao, ba ile ba rera ho khutlela libakeng tseo le ho etela barutuoa ba bacha. Barnabase o ne a batla hore ba tsamaee le Mareka, empa na oa tseba hore Pauluse o ne a ikutloa joang ka seo?— “O ne a sa nahane hore ho loketse” hobane Mareka o ne a ile a ba siea eaba o ikela hae. Ka sebele se ileng sa etsahala ka mor’a moo se ile sa utloisa Mareka bohloko!
Ba ile ba tjolietsana, ’me ka mor’a “ho phatloha ho hoholo ka bohale,” Pauluse le Barnabase ba ile ba arohana. Barnabase o ile a tsamaea le Mareka ho ea bolela evangeli Cyprase, ’me Pauluse a ikhethela Silase eaba o khutlela ho barutuoa ba bacha joalokaha ba ne ba rerile. E tlameha ebe Mareka o ile a utloa bohloko haholo ha a qabantse Pauluse le Barnabase.—Liketso 15:36-41.
Ha re tsebe hore na ke hobane’ng ha Mareka a ile a ba siea eaba o khutlela hae. Mohlomong eena o ne a nka hore o na le mabaka a utloahalang. Leha ho le joalo, ho totobetse hore Barnabase o ne a kholisehile hore a ke ke a hlola a etsa joalo. O ne a nepile. Mareka ha aa ka a nyahama! Hamorao o ile a tsamaea le Petrose ha a il’o bolela evangeli hole Babylona. Ha ba le moo, Petrose o ile a romela litumeliso a ba a eketsa ka ho re: “Le mora oa ka Mareka o le romela litumeliso.”—1 Petrose 5:13.
Petrose le Mareka ba ne ba sebeletsa Molimo hammoho ka kutloano. Bonnete ba sena bo totobala ha re bala Kosepele ea Mareka. Ho eona Mareka o re phetela lintho tseo Petrose a li boneng ka mahlo. Ka mohlala, bapisa se boleloang ka sefefo se neng se le Leoatleng la Galilea. Mareka o eketsa ka ho bolela hore na Jesu o ne a robetse hokae ka sekepeng le hore na o ne a robetse holim’a eng, e leng lintho tse ka beng li hlokometsoe ke Petrose ea tšoasang litlhapi. A re bone bopaki ba sena ka hore re bale ’me re bapise seo Bibele e se buang ka litaba tsena ho Matheu 8:24; Mareka 4:37, 38; le Luka 8:23.
Hamorao, ha Pauluse a ne a le teronkong Roma, o ile a babatsa Mareka ha a ile a mo tšehetsa ka botšepehi. (Bakolose 4:10, 11) Ha Pauluse a boela a kenngoa teronkong moo, o ile a ngolla Timothea hore a mo tlisetse Mareka, a re: “O na le thuso ho ’na bakeng sa ho sebeletsa.” (2 Timothea 4:11) Ka sebele, Mareka o ile a sebeletsa Molimo ka litsela tse khethehileng hobane ha aa ka a nyahama.
KHAOLO EA 53
O Ile a ba Sebete Nakong ea Sefefo
Re u Lome Tsebe?
Saule e ile ea e-ba Pauluse neng?
Moapostola Pauluse o ile a tsoaloa e le Moheberu le moahi oa Roma. (Liketso 22:27, 28; Bafilipi 3:5) Kahoo, ho ka etsahala hore ho tloha bonyenyaneng o ne a e-na le lebitso la Seheberu la Saule le la Seroma la Pauluse. Ka ho tšoanang, ba bang ba beng ka eena ba ne ba e-na le mabitso a Seroma le Segerike. (Baroma 16:7, 21) Ho feta moo, ho ne ho tloaelehile hore Bajuda ba mehleng eo, haholo-holo ba neng ba sa lule Iseraele, ba be le mabitso a mabeli.—Liketso 12:12; 13:1.
Ka lilemo tse fetang leshome moapostola enoa e le Mokreste, ho bonahala a ne a tsejoa haholo ka lebitso la Seheberu la Saule. (Liketso 13:1, 2) Leha ho le joalo, leetong la hae la pele ha a il’o hasa evangeli libakeng tse hole, hoo e ka bang ka 47/48 C.E., ho ka etsahala hore ebe o ile a khetha ho sebelisa lebitso la hae la Seroma la Pauluse. O ne a laetsoe ho bolela litaba tse molemo ho batho bao e seng Bajuda, ’me mohlomong o ne a nahana hore lebitso la hae la Seroma e tla ba le loketseng haholo. (Liketso 9:15; 13:9; Bagalata 2:7, 8) Hape mohlomong o ile a sebelisa lebitso la Pauluse hobane ha lebitso la hae la Seheberu la Saule le bitsoa ka Segerike, le ne le tšoana le lentsoe la Segerike le nang le moelelo o mobe. Ho sa tsotellehe hore na Pauluse o ile a fetola lebitso la hae ka lebaka lefe, o ile a bontša hore o ne a ikemiselitse ho ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele [a ka] pholosa ba bang.”—1 Bakorinthe 9:22.
w00 7/15 26-27, lebokose ¶3-4
Mahloriso a Hlahisa Kholo Antioke
Litsebi tse ling li lumela hore liketsahalo tse hapang tlhokomelo bophelong ba Saule li lokela hore li be li etsahetse ka nako eona eo. Ho seng joalo ho thata ho lekanyetsa nako eo mathata a mangata ao a fetileng ho ’ona e le ‘mosebeletsi oa Kreste’ a etsahetseng ka eona mosebetsing oa hae oa boromuoa. (2 Bakorinthe 11:23-27) Ke neng ha Bajuda ba shapa Saule lithupa tse 39 ka makhetlo a mahlano? Ke hokae moo a ileng a shapuoa ka makhetlo a mararo ka melamu? Ke hokae moo a ileng a kenngoa lichankaneng “hangata”? Botlamuoa ba hae Roma bo tlile hamorao. Re na le tlaleho e mabapi le lekhetlo le le leng leo a ileng a shapuoa ka lona le ho kenngoa chankaneng—Filipi. Empa ho thoe’ng ka a mang? (Liketso 16:22, 23) Mongoli e mong o bolela hore Saule nakong ena o ne a “paka ka Kreste lisynagogeng tsa Diaspora ka tsela e neng e tla mo tlisetsa mahloriso a tsoang ho ba boholong bolumeling le sechabeng.”
Saule o ile a robeheloa ke sekepe ka makhetlo a mane, empa Mangolo a fana ka makolopetso mabapi le lekhetlo le le leng feela, leo e bileng ka mor’a hore a thathamise mathata a hae ha a ngolla Bakorinthe. (Liketso 27:27-44) Ka hona, a mang a mararo ho ka etsahala hore ebile ha a le maetong ao re sa tsebeng letho ka ’ona. Ho ka etsahala hore ebe ketsahalo e ’ngoe kapa kaofela ha tsona li etsahetse ‘lilemong tseo ho sa buuoeng letho’ ka eena.
Re u Lome Tsebe?
Na keletso ea moapostola Pauluse ea hore sekepe se se ke sa tloha e ne e utloahala?
Sekepe seo Pauluse a neng a se palame ha a ea Italy se ne se tsukutloa ke moea. Pauluse o ile a kopa hore basesisi ba ke ba eme hanyane. (Liketso 27:9-12) Empa na keletso ee e ne e utloahala?
Basesisi ba ne ba tseba hantle hore ho kotsi haholo ho sesisa sekepe leoatleng la Mediterranean ha e le mariha. Ho ne ho nkoa hore ha hoa lokela ho sesisa likepe ho tloha bohareng ba November ho ea bohareng ba March. Leeto lena leo Pauluse a neng a bua ka lona le ne le lokela ho ba ka September kapa ka October. Sengoli sa Moroma se bitsoang Vegetius (se phetseng lilemong tsa bo-300 ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng) se ile sa re: “Ho na le likhoeli tse loketseng bakeng sa ho sesisa, tse ling ha li mpe hakaalo empa likhoeling tse ling ha ho khonehe ho sesisa ho hang.” O ile a re nako e loketseng ea ho sesisa ke ho tloha ka la 27 May ho ea ho la 14 September empa ha ho hobe hakaalo ho sesisa ka la 15 September ho ea ho la 11 November. Athe ka la 11 March ho ea ho la 26 May ho hang ha ho khonehe. E tlameha ebe Pauluse o ne a tseba litaba tsena kaha o ne a tloaetse ho eta ka sekepe. E tšoanetse ebe mong’a sekepe le mosesisi oa sona le bona ba ne ba tseba litaba tsena hantle, empa ba ile ba iphapanyetsa keletso ea Pauluse. Leeto leo le ile la fella hampe hobane sekepe se ile sa soahlamana.—Liketso 27:13-44.
Re u Lome Tsebe?
Ke hobane’ng ha batho ba Malta ba ne ba nahana hore moapostola Pauluse ke ’molai?
E ka ’na eaba batho ba bang ba Malta ba ne ba susumetsoa ke likhopolo tsa bolumeli ba Magerike. Nahana ka seo buka ea Liketso e reng se ile sa etsahala ka mor’a hore Pauluse a robeheloe ke sekepe Malta. Ha a beha lithupa mollong oo ba neng ba o orile le batho bao a neng a tsamaea le bona, ho ile ha tsoa marabe eaba o ithatela letsohong la hae. Ha seo se etsahala, batho ba sehlekehlekeng seo ba ile ba re: “Ka sebele motho enoa ke ’molai, ’me le hoja a fihlile moo ho sireletsehileng ho tloha leoatleng, toka ea boiphetetso ha ea ka ea mo lumella hore a ’ne a phele.”—Liketso 28:4.
Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng bakeng sa “Toka” mona ke “di’ke.” Lentsoe lena le ka bolela ho phethahatsoa ha toka ka tsela e inahaneloang. Leha ho le joalo, litšomong tsa Magerike, Dike e ne e le lebitso la molimotsana oa toka. Ho ne ho nahanoa hore o bona ha batho ba tlola molao ’me a tlalehele Zeus, e le hore motho ea molato a ahloloe. Kahoo, ho latela sengoliloeng se seng, e ka ’na eaba baahi ba Malta ba ne ba re ka pelong: “Le hoja Pauluse a sireletsehile leoatleng, molimotsana Dike o nka hore o molato ’me. . . o mo ahlola ka hore a bolaoe ke marabe.” Batho bao ba ile ba fetola maikutlo ha ba bona hore Pauluse ha aa tsoa kotsi.
Ho ba “Likotsing Leoatleng”
LEFIFING la bosiu, sekepe se tsamaeang se nkileng batho ba 276 se atamela sehlekehleke se Mediterranean. Basebetsi ba sona le baeti ba khathetse ka lebaka la ho akhotsoa ke metsi a befileng ka matsatsi a 14. Ka meso, ha ba bona kou ea leoatle, ba leka ho khannela sekepe sena lebopong. Empa sefuba sa sona se qaoa hoo se sitoang ho sisinyeha, ’me maqhubu a robaka karolo ea sona e ka morao likoto. Bohle ba ka sekepeng baa se furalla ’me ba khona ho fihla lebopong la Malta ka ho sesa kapa ka ho itšoarella ka mapolanka kapa lintho tse ling. Ba hatsetse ba bile ba khathetse, ba ikhulela ka ntle ho maqhubu a loebehlanang. Moapostola oa Mokreste Pauluse o har’a baeti bana. O isoa nyeoeng Roma.—Liketso 27:27-44.
Ho Pauluse, ho robeha ha sekepe sehlekehlekeng sa Malta e ne e se ketsahalo ea pele e sokelang bophelo leoatleng. Lilemo tse seng kae pejana, o ile a ngola: “Ka makhetlo a mararo ka robeheloa ke sekepe, bosiu bo le bong le motšehare o le mong ke li hlotse bolibeng.” O ile a eketsa ka hore o bile “likotsing leoatleng.” (2 Bakorinthe 11:25-27) Ho nka maeto a leoatleng ho ne ho thusitse Pauluse ho phetha karolo eo a e filoeng ke Molimo e le “moapostola ho lichaba.”—Baroma 11:13.
Leeto la leoatleng le ne le le lelelele hakae lekholong la pele la lilemo? Le ne le phetha karolo efe ho phatlalatsoeng ha Bokreste? Le ne le sireletsehile hakae? Ho ne ho sebelisoa likepe tsa mofuta ofe? ’Me baeti ba ne ba lokisetsoa sebaka joang?
Tlhoko ea Roma ea Khoebo ea ho Tsamaea ka Sekepe
Baroma ba ne ba bitsa Mediterranean Mare Nostrum—Leoatle la Rona. Ho ne ho le bohlokoa haholo ho Roma ho laola litselana tsa leoatle ka mabaka a mang ntle le a sesole. Metse e mengata ea ’Muso oa Roma e ne e le libaka tseo likepe li neng li emisa ho tsona kapa li e sebeletsa. Ka mohlala, boema-kepe ba Roma bo ne bo le haufi le Ostia, ha Korinthe e ne e sebelisa Lechaeum le Cenchreae, ’me Antioke ea Syria e ne e sebeletsoa ke Seleucia. Ho hokahanya ho hotle ha ho tsamaea ha likepe lipakeng tsa libaka tsena tseo likepe li emisang ho tsona ho ile ha potlakisa mokhoa oa puisano le metse e ka sehloohong ’me ha tlatsetsa tsamaisong e atlehileng ea liprofinse tsa Roma.
Roma le eona e ne e itšetlehile ka indasteri ea likepe bakeng sa lijo tsa eona. Kaha e ne e e-na le baahi ba ka bang milione, e ne e hloka lijo-thollo tse ngata haholo—lithane tse ka bang lipakeng tsa 250 000 le 400 000. Lijo-thollo tseo tsohle li ne li e-tsoa hokae? Flavius Josephus o qotsa Heroda Agrippa II a bolela hore Afrika Leboea e ile ea fepa Roma ka likhoeli tse robeli, ha Egepeta e ile ea romela lijo-thollo tse lekaneng bakeng sa ho thusa motse oo ka likhoeli tse ling tse ’nè. Ho ne ho sebelisoa likepe tse likete bakeng sa ho fepela motse oo ka lijo-thollo.
Khoebo e atlehileng eo thepa ea eona e nkoang ka likepe ha e fepela Baroma ka mabothobotho ao ba a ratang haholo, e ne e fana ka thepa e rekisoang ea mefuta eohle. Liminerale, majoe a sebelisetsoang morero o khethehileng, le ’mabole li ne li nkoa Cyprase, Greece le Egepeta, ’me lifate li ne li latoa Lebanone. Veine e ne e e-tsoa Smyrna, makotomane a e-tsoa Damaseka, ’me litholoana tsa palema li e-tsoa Palestina. Litlolo le rabara li ne li laeloa Silisia, boea ba nku, Miletase le Laodisia, masela, Syria le Lebanone, lesela le pherese, Tyre le Sidone. Litae li ne li e-tsoa Thyatira ’me khalase e e-tsoa Alexandria le Sidone. Silika, k’hothone, manaka a litlou le linoko li ne li latoa Chaena le India.
Ho ka thoe’ng ka sekepe se ileng sa robehela Malta Pauluse a se palame? E ne e le sekepe sa lijo-thollo, “sekepe se tsoang Alexandria se neng se e-ea Italy.” (Liketso 27:6, NW mongolo o botlaseng ba leqephe) Likepe tse ngata tsa lijo-thollo e ne e le tsa batho ka bomong ba Bagerike, Baphoenicia le Basyria, ba neng ba li laola ba bile ba li lokisetsa tšebetso. Leha ho le joalo, likepe tsena li ne li hiroa ke ’Muso. Rahistori William M. Ramsay o re: “Joaloka pokellong ea lekhetho, ’muso o ile oa fumana ho le bonolo haholoanyane ho fana ka mosebetsi ona ho ba lumelang ho o etsa ho e-na le ho iketsetsa litokisetso tsa ho o etsa, tsa batho ba hlokahalang le thepa tšebeletsong eo e kholo.”
Pauluse o ile a phetha leeto la hae le eang Roma ka sekepe se nang le setšoantšo sa “Bara ba Zeuse.” Sena le sona e ne e le sekepe sa Alexandria. Se ile sa emisa Puteoli Koung ea Leoatle ea Naples, boema-kepeng boo ho bona likepe tse ngata tsa lijo-thollo li neng li tloaetse ho emisa ho bona. (Liketso 28:11-13) Ho tloha Puteoli—Pozzuoli ea kajeno—thepa e ne e isoa sebakeng se omileng kapa e isoa liketsoaneng ho ella ka leboea haufi le lebopo le ho nyolosa le Noka ea Tiber ho kenella bohareng ba Roma.
Na Baeti ba ne ba Palama Likepe Tsa Thepa?
Ke hobane’ng ha Pauluse le balebeli ba hae ba masole ba ile ba tsamaea ka sekepe sa thepa? Ho araba potso eo, ho hlokahala hore re tsebe hore na ho tsamaea leoatleng ha moeti ho ne ho bolela eng matsatsing ao.
Lekholong la pele la lilemo C.E., ho ne ho se na ntho eo ho thoeng ke sekepe sa baeti. Likepe tse neng li sebelisoa ke baeti e ne e le likepe tsa bahoebi. ’Me mefuta eohle ea batho—ho akarelletsa le basebetsi ba ’Muso, barutehi, baboleli, linohe, baetsi ba litšoantšo, baatlelete, bahoebi, bahahlauli le ba nkang maeto a bolumeli—ho ka etsahala hore ebe ba ne ba nka maeto ka tsona.
Ka ho hlakileng, ho ne ho e-na le liketsoana tse neng li palamisa baeti le thepa mabopong a leoatle. Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a palame seketsoana se joalo ho “tšelela Macedonia” a tloha Troase. Ho ka etsahala hore ebe liketsoana li ile tsa mo nka Athene tsa ba tsa mo khutlisa ka makhetlo a fetang le le leng. Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ile a boela a sebelisa seketsoana leetong leo a ileng a le nka hamorao ha a e-tsoa Troase a e-ea Patara ho pholletsa le lihlekehleke tse pel’a lebopo la Asia Minor. (Liketso 16:8-11; 17:14, 15; 20:1-6, 13-15; 21:1) Ho sebelisa liketsoana tse joalo ho ne ho boloka nako, empa li ne li ke ke tsa tsamaela hole haholo le sebaka se omileng. Ka hona likepe tse ileng tsa isa Pauluse Cyprase eaba li mo isa le Pamfilia le tseo a neng a tsamaea ka tsona ho tloha Efese ho ea Sesarea le ho tloha Patara ho ea Tyre e tlameha ebe li ne li le kholo haholo. (Liketso 13:4, 13; 18:21, 22; 21:1-3) Sekepe se ileng sa robeha ka Pauluse Malta le sona ho ne ho ka nkoa se le seholo. Likepe tseo li ne li ka ba kholo hakae?
Bangoli ba libuka ba ile ba susumetsa setsebi se seng hore se re: “[Sekepe] se senyenyane ka ho fetisisa seo ka tloaelo batho ba boholo-holo ba tsoetseng pele ba neng ba hlokometse hore se molemo se ne se nka lithane tse 70 ho ea ho tse 80. Boholo bo tloaelehileng haholo, bonyane mehleng ea Magerike, e ne e le ba lithane tse 130. Sekepe sa boima ba lithane tse 250, le hoja se ne se atile, se ne se le seholoanyane ho feta se tloaelehileng. Mehleng ea Baroma likepe tse neng li sebelisoa bakeng sa ho palamisa moemphera li ne li le kholoanyane, boholo bo loketseng e le ba lithane tse 340. Likepe tse kholo ka ho fetisisa e ne e le tsa boima ba lithane tse 1 300, mohlomong li le kholoanyane ho feta moo.” Ho latela tlhaloso e ngotsoeng lekholong la bobeli la lilemo C.E., sekepe se nkang lijo-thollo sa Alexandria Isis se ne se le bolelele ba limithara tse fetang 55, se le bophara ba limithara tse ka bang 14, karolo e tšelang thepa e le botebo ba limithara tse 13, ’me se ne se ka ’na sa nka lithane tsa lijo-thollo tse fetang sekete le baeti ba makholo a seng makae.
Baeti ba ne ba hlokomeloa joang sekepeng sa lijo-thollo? Kaha likepe tsena ka ho khetheha e ne e le tsa thepa, baeti ba ne ba e-ba sebakeng sa bobeli. Ba ne ba sa fuoe lijo kapa litšebeletso tse itseng, ba mpa ba fuoa metsi feela. Ba ne ba robala karolong e ka holimo ea sekepe, mohlomong tlas’a ntho e kang tente e hlongoang bosiu ’me e tlosoa hoseng ho hong le ho hong. Le hoja e ka ’na eaba baeti ba ne ba lumelloa ho sebelisa kichene ea sekepe bakeng sa ho pheha, ba ne ba lokela ho itlela le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang bakeng sa ho pheha, ho ja, ho hlapa le ho robala—ho akarelletsa le lipitsa, lipane le lintho tsa ho robala.
Leeto la Leoatleng—Le ne le Sireletsehile Hakae?
Ka lebaka la ho hloka lisebelisoa—esita le sesupa-tsela—bakhanni ba likepe ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba khanna ka pono feela. Ka lebaka leo, leeto e ne e e-ba le sireletsehileng ka ho fetisisa ha ho bonahala hantle—hangata ho tloha mafelong a May ho ea mahareng a September. Likhoeli tse peli pele le ka mor’a nako eo, bahoebi ba ne ba ka ’na ba ipeha kotsing ha ba tsamaea ka likepe. Empa mariha, hangata moholi le maru li ne li sira matšoao a meeli a entsoeng fatše le letsatsi motšehare le linaleli bosiu. Ho tsamaea ka sekepe ho ne ho nkoa ho khaolitse (ka Selatine, mare clausum) ho tloha ka la 11 November ho ea ho la 10 March, ntle le maemong a qobellang kapa a potlakileng. Ba tsamaeang ho ella qetellong ea nako ena ea selemo ba ne ba ipeha kotsing ea hore ba hlole boema-kepeng ba naha esele mariha.—Liketso 27:12; 28:11.
Ho sa tsotellehe likotsi tsa ho tsamaea ka sekepe le ho tsamaea ha sona ka linako tsa selemo tse itseng feela, na ho ne ho e-na le melemo leha e le efe e fetang ea ho tsamaea sebakeng se omileng? E, ka sebele! Ho tsamaea leoatleng ho ne ho sa khathatse haholo, ho le litšenyehelo li tlase ho bile ho potlaka. Ha se ne se thusoa ke moea, sekepe se ne se ka tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 150 ka letsatsi. Ka ho tloaelehileng, motho ea tsamaeang ka maoto a nka leeto le lelelele o ne a tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 25 ho ea ho tse 30 ka letsatsi.
Lebelo leo sekepe se tsamaeang ka lona le ne le batla le itšetlehile ka moea ka ho feletseng. Leeto la ho tloha Egepeta ho ea Italy e ne e e-ba ntoa e sa khaotseng khahlanong le moea o otlang sekepe ka pele, esita le nakong e molemo ka ho fetisisa ea ho tsamaea ka sekepe. Tsela e khutšoanyane ka ho fetisisa e ne e atisa ho ba e potang le Rodese kapa Myra kapa boema-kepeng bo bong bo itseng lebopong la Lycia e Asia Minor. Ka mor’a ho thulana le lifefo le ho lahleha, ka lekhetlo le leng sekepe sa lijo-thollo Isis se ile sa emisa koung Piraeus matsatsi a 70 ka mor’a ho tloha lebopong le Alexandria. Ka lebaka la moea o tsoang ka leboea bophirimela o se otlang ka morao, leeto la ho khutla Italy mohlomong le ne le ka nka matsatsi a 20 ho ea ho a 25. Ka tsela e tsamaeang sebakeng se omileng, leeto lona leo la ho ea kapa ho khutla le ne le ka nka matsatsi a fetang a 150 boemong bo botle ba leholimo.
Litaba Tse Molemo li Isoa Hole Mose ho Maoatle
Ka sebele Pauluse o ne a elelletsoe likotsi tsa nako ea selemo e sa lokelang bakeng sa ho nka leeto la leoatleng. O ile a ba a fana ka keletso khahlanong le ho tsamaea ka sekepe mafelong a September kapa mathoasong a October, ha a re: “Banna, ke lemoha hore ho sesisa sekepe ho tla ba le tšenyehelo le tahlehelo e kholo eseng feela ea thepa le sekepe empa le ea lisoule tsa rona.” (Liketso 27:9, 10) Leha ho le joalo, ofisiri ea sesole e neng e ikarabella e ile ea hlokomoloha mantsoe ana, ka lebaka leo, sekepe se ile sa robehela Malta.
Qetellong ea mosebetsi oa hae oa boromuoa, Pauluse o ne a robehetsoe ke likepe bonyane ka makhetlo a mane. (Liketso 27:41-44; 2 Bakorinthe 11:25) Empa, ho tšoenyeha ho sa lokelang ka liphello tse joalo ha hoa ka ha thibela baboleli ba pele ba litaba tse molemo ho tsamaea ka sekepe. Ba ile ba sebelisa ka ho feletseng mekhoa eohle ea ho tsamaea e fumanehang e le hore ba ka hasa molaetsa oa ’Muso. ’Me ka ho utloa taelo ea Jesu, ho ile ha fanoa ka bopaki hohle. (Matheu 28:19, 20; Liketso 1:8) Ka lebaka la cheseho ea bona, tumelo ea ba latetseng mohlala oa bona le tataiso ea moea o halalelang oa Jehova, litaba tse molemo li fihlile likarolong tse hole-hole tsa lefatše leo ho ahiloeng ho lona.
KHAOLO EA 54
O Ile a Bontša Sebete Linakong Tsa Mathata
bt 33, lebokose ¶3-4
“Batho Feela ba Tloaelehileng ba sa Rutehang”
Johanne ha a hlahelle ka mahetla joaloka Petrose litlalehong tsa Kosepele. Leha ho le joalo, Johanne le eena o ne a le mahlahahlaha, joalokaha ho bontšoa ke lebitso leo Jesu a ileng a mo reha lona le ngoan’abo Jakobo—e leng Boanergese, e bolelang “Bara ba Sealuma.” (Mar. 3:17) Qalong, Johanne o ne a rata botumo, hoo eena le ngoan’abo ba ileng ba re ’mè oa bona a kope Jesu hore a ba fe maemo a hlaheletseng ’Musong oa hae. Le hoja e ne e le takatso ea boikhabi, e ne e boetse e le pontšo ea hore ba lumela hore ’Muso ke ntho ea sebele. Takatso ea bona ea maemo e ile ea fa Jesu monyetla oa ho eletsa baapostola bohle ba hae hore ho hlokahala ba ikokobetse.—Mat. 20:20-28.
Johanne o ile a bontša hore ha a batle masaoana ha a leka ho thibela monna e mong eo e neng e se molateli oa Jesu hore a leleke bademona ka lebitso la hae. Ka lekhetlo le leng, Johanne o ne a ikemiselitse ho bitsa mollo leholimong hore o timetse baahi ba Samaria ba sa kang ba amohela manģosa ao Jesu a neng a a rometse hore a e’o mo lokisetsa lintho tse itseng. Jesu o ile a khalemella Johanne liketso tsena. Ho hlakile hore ha nako e ntse e e-ea, Johanne o ile a ithuta ho ba le botsitso le mohau oo a kileng a bonahala a se na ’ona. (Luka 9:49-56) Empa, le hoja Johanne a ne a e-na le mefokolo, ke “morutuoa eo Jesu a neng a mo rata.” Ke kahoo ha Jesu a se a tla shoa a ileng a kopa Johanne hore a sale a hlokometse ’mè oa hae, Maria.—Joh. 19:26, 27; 21:7, 20, 24.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Liketso
4:13—Na Petrose le Johanne ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola kapa ba ne ba sa ruteha? Che, ha ho joalo. Ho ne ho thoe ke “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng” hobane ba ne ba sa fumana koetliso ea bolumeli likolong tsa bo-rabi.
Kreste—Eo ho Builoeng ka Eena Haholo Boprofeteng
14 Ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o bonahala ho barutuoa ba hae haufi le Leoatle la Galilea. Ha a le moo o re ho Petrose: “Haeba ke thato ea ka hore [Johanne] a sale ho fihlela ke tla, hoo ho u ama ka eng?” (Johanne 21:1, 20-22, 24) Na mantsoe aa a bontša hore moapostola Johanne o ne a tla phela halelele ho feta baapostola ba bang? Ho bonahala joalo, hobane o sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ling tse ka bang 70. Leha ho le joalo, mantsoe a Jesu a bolela ho eketsehileng.
15 Polelo e reng “ho fihlela ke tla” e re hopotsa seo Jesu a ileng a se bua ha a ne a re “Mor’a motho [o] tla ka ’muso oa hae.” (Matheu 16:28) Johanne o sala ho fihlela Jesu a e-tla ka kutloisiso ea hore hamorao Johanne o fuoa pono ea boprofeta ea ha Jesu a e-tla e le Morena oa ’Muso. Ho elella qetellong ea bophelo ba hae, ha a ntse a le botlamuoeng sehlekehlekeng sa Patmose, Johanne o amohela Tšenolo hammoho le lipontšo tsohle tsa eona tsa boprofeta tse hlollang tsa liketsahalo tse lokelang ho etsahala “letsatsing la Morena.” Lipono tsena tse hlollang li susumetsa Johanne ka matla hoo ha Jesu a re: “E; ke tla kapele,” Johanne a hooang a re: “Amen! Tloo, Morena Jesu.”—Tšenolo 1:1, 10; 22:20.
it “Litaba Tse Monate ho ea ka Johanne” ¶2-8
Litaba Tse Monate ho ea ka Johanne
Mongoli. Le hoja bukeng ena ho sa hlahe lebitso la mongoli oa eona, haesale batho ba bangata ba lumela hore e ngotsoe ke moapostola Johanne. Ho tloha qalong, ha ho motho ea neng a belaela hore Johanne ke eena ea ngotseng buka ena, ntle le sehlopha se senyenyane sa batho ba phetseng lilemong tsa bo-100. Ba ne ba re lithuto tsa eona li fapane le tse hlahang Likosepeleng tse ling. Empa ba ne ba se na bopaki bo supang hore ha se Johanne ea e ngotseng. Batho ba ile ba boela ba qala ho belaella taba ea hore Johanne ke eena ea ngotseng buka ena ka mor’a hore ho fihle liithuti tse ratang ho tšoaea liphoso.
Bopaki bo bontšang hore Johanne, e leng mora oa Zebedea, ehlile ke eena mongoli oa buka ena bo bongata haholo, ’me bo akarelletsa lintlha tse tsoang mahlakoreng a fapaneng, ebile li hlola motho leha e le ofe ea hanyetsang. Mona ho tl’o buuoa ka lintlha tse ’maloa feela, empa ha ’mali ea hloahloa a nahanne ka lintlha tseo, a ka khona ho fumana bopaki bo bong bo eketsehileng. Lintlha tse ’maloa ke tsena:
(1) Bopaki bo bontša hore mongoli oa buka ena e ne e le Mojuda, hobane ho bonahala ka ho hlaka hore o ne a utloisisa tsela eo Bajuda ba neng ba nahana ka eona.—Joh 1:21; 6:14; 7:40; 12:34.
(2) Habo e ne e le Palestina, ’me sena se bonahala ka ho hlaka hobane o tseba naha eo hantle. Lintlha tseo a li buileng ka libaka tse Palestina li bontša hore o ne a li tseba hantle. O ile a bua ka ‘Bethani e ka nģ’ane ho Jordane’ (Joh 1:28) a ba a re ‘Bethani e ne e le lik’hilomithara tse ka bang tharo feela ho tloha Jerusalema.’ (11:18) O ile a ngola a re ho ne ho e-na le serapa moo Kreste a ileng a bolaeloa teng ’me moo ho ne ho e-na le lebitla le lecha (19:41), le hore Jesu ‘o buile litaba tsena ha a ntse a le ka tempeleng’ (8:20), o ile a boela a ngola a re “e ne e le mariha. Jesu o ne a tsamaea ka tempeleng phasejeng ea Solomone e nang le lipilara ka mathoko” (10:22, 23).
(3) Lintho tseo Johanne li ngotseng le bopaki bo tiileng, bo bontša hore e ne e le paki e boneng ka mahlo. O bitsa mabitso a batho ba ileng ba bua kapa ba etsa lintho tse itseng. (Joh 1:40; 6:5, 7; 12:21; 14:5, 8, 22; 18:10) Hape o fana ka lintlha tse hlakileng ha a bua ka nako ea liketsahalo. (4:6, 52; 6:16; 13:30; 18:28; 19:14; 20:1; 21:4) Ha a hlalosa lintho, o ne a bua ka linomoro ka tsela e hlakileng.—1:35; 2:6; 4:18; 5:5; 6:9, 19; 19:23; 21:8, 11.
(4) Mongoli oa buka ena e ne e le moapostola. Ha ho na motho eo e neng e ka ba paki e boneng ka mahlo liketsahalo tse ngata hakaalo tse amanang le tšebeletso ea Jesu, ntle le haeba e ne e le moapostola oa Jesu. Hape tsela eo Johanne a utloisisang monahano oa Jesu, maikutlo a hae le mabaka a hore na ke hobane’ng ha a ne a etsa lintho tse ling, e bontša hantle hore e ne e le e mong oa baapostola ba 12 ba neng ba tsamaea le Jesu tšebeletsong ea hae. Ka mohlala, o re bolella hore Jesu o ile a botsa Filipi potso hore “a utloe hore na o nahanne’ng hobane a tseba hore na o tla tloha a etsa’ng.” (Joh 6:5, 6) Hape “o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba ntse ba honotha.” (6:61) O ne a boetse “a tseba lintho tsohle tse tl’o mo hlahela.” (18:4) O ile “a utloa bohloko haholo ’me a khathatseha.” (11:33; bapisa le 13:21; 2:24; 4:1, 2; 6:15; 7:1.) Mongoli o ne a tseba menahano ea baapostola le maikutlo a bona, ’me menahano e meng ea bona e ne e fosahetse ’me hamorao e ile ea lokisoa.—2:21, 22; 11:13; 12:16; 13:28; 20:9; 21:4.
(5) Ho ekelletsa moo, ho thoe mongoli oa buka ena ke “morutuoa eo Jesu a neng a mo rata.” (Joh 21:20, 24) E tlameha ebe e ne e le e mong oa baapostola ba bararo ba neng ba le haufi-ufi le Jesu bao a neng a etsa bonnete ba hore ba teng liketsahalong tse ’maloa, tse kang ha chebahalo ea hae e ne e fetoha (Mar 9:2) le nakong eo a neng a utloile bohloko haholo serapeng sa Gethesemane. (Mat 26:36, 37) Ho baapostola bana ba bararo, ho ke ke ha thoe Jakobo ke eena mongoli oa buka ena hobane o ile a bolaoa ke Heroda Agrippa I ka selemo sa 44. Ha ho na letho le fanang ka bopaki ba hore Kosepele ena e ile ea ngoloa selemong seo. Petrose e ke ke ea e-ba eena mongoli oa Kosepele ena hobane lebitso la hae le hlahella moo ho buoang ka “morutuoa eo Jesu a neng a mo rata.”—Joh 21:20, 21.
SEHLOOHO SE ITHUTOANG 2
Re ka Ithuta’ng ho Morutuoa eo Jesu a Neng a mo Rata
“A re tsoeleng pele ho ratana, hobane lerato le tsoa ho Molimo.”—1 JOH. 4:7.
SELELEKELA
Re lumela hore moapostola Johanne ke morutuoa eo Jesu “a neng a mo rata.” (Joh. 21:7) Le hoja Johanne a ne a sa le mocha nakong eo Jesu a ntseng a le lefatšeng, o ne a e-na le makhabane a matle haholo. Lilemo hamorao Jehova o ile a mo sebelisa hore a ngole haholo ka lerato. Sehloohong sena re tl’o ithuta tse ling tsa lintho tseo Johanne a li ngotseng le hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae.
MOAPOSTOLA Johanne o ile a re: “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Taba ena e re hopotsa ’nete e ’ngoe ea bohlokoa ea hore Molimo ke eena mohloli oa bophelo hape ke mohloli oa lerato. Jehova oa re rata. Tsela eo a re ratang ka eona e etsa hore re ikutloe re bolokehile, re thabile ebile re khotsofetse.
2 Bakreste ha ba na boikhethelo ba hore na ba ka bontša lerato kapa che. Ke taelo e ba tlamang. (Bala Matheu 22:37-40.) Ha re tseba Jehova hantle, ho ka ’na ha e-ba bonolo hore re mamele taelo eo e qalang. Lebaka ke hobane Jehova o phethahetse, oa re tsotella ebile o re tšoara ka tsela e mosa. Empa ho ka ’na ha e-ba thata ho mamela taelo ea bobeli. Hobane’ng? Hobane Bakreste-’moho le rona bao e leng karolo ea baahelani ba rona, ha baa phethahala. Ka linako tse ling, ba ka etsa lintho tse ling kapa ba bua lintho tse ling tse etsang re ikutloe eka ha ba re tsotelle kapa hona ho re rata. Jehova o ne a tseba hore re tl’o tobana le bothata bona, ke kahoo a ileng a bululela bangoli ba bang ba Bibele hore ba ngole ka likeletso tse tobileng tsa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho bontšana lerato le hore na re ka etsa joalo joang. E mong oa bangoli bao ke Johanne.—1 Joh. 3:11, 12.
3 Mangolong a hae, Johanne o ile a bua haholo ka hore na Bakreste ba lokela ho bontšana lerato joang. Ha e le hantle, litlalehong tseo Johanne a ileng a li ngola ka bophelo ba Jesu, o ile a sebelisa lentsoe “lerato” le “ho ratoa” ka makhetlo a mangata ho feta bangoli ba bang ba Likosepele. Johanne o ne a ka ba lilemo tse 100 ha a ne a ngola Kosepele ea hae le mangolo a mang a hae a mararo. Libuka tseo li bontša hore lerato le tlameha ho susumetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. (1 Joh 4:10, 11) Leha ho le joalo, ho nkile nako hore Johanne a ithute ho bontša lerato.
4 Ha Johanne e sa le mocha, o ne a sa bontše lerato ka linako tsohle. Mohlala, ka nako e ’ngoe, Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba feta Samaria ba e-ea Jerusalema. Batho ba motse o mong o monyenyane oa Samaria ha baa ka ba ba amohela. Johanne o ile a etsa’ng? O ile a kopa hore mollo o hlahe maholimong o timetse baahi bohle ba motse oo. (Luka 9:52-56) Ka nako e ’ngoe Johanne ha aa ka a bontša hore o rata baapostola ba bang. Eena le ngoan’abo Jakobo ba ile ba re ’mè oa bona a kope Jesu ho ba fa maemo a khethehileng ’Musong oa hae. Baapostola ba bang ba ile ba halefa ha ba utloa ntho eo Jakobo le Johanne ba e entseng. (Mat. 20:20, 21, 24) Ho sa tsotellehe liphoso tseo Johanne a li entseng, Jesu o ne a mo rata.—Joh. 21:7.
5 Sehloohong sena re tl’o hlahloba mohlala oa Johanne le lintho tse ling tseo a ileng a li bua ka lerato. Ha re etsa joalo re tla ithuta hore na re ka bontša lerato joang ho Bakreste-’moho le rona. Hape re tl’o ithuta bohlokoa ba hore na lihlooho tsa malapa li ka bontša lerato joang ho malapa a tsona.
LERATO LE BONTŠOA KA LIKETSO
6 Hangata re nahana hore lerato ke boikutlo bo mofuthu bo bontšoang ka mantsoe a mosa. Empa e le hore lerato e be la ’nete le lokela ho bontšoa le ka liketso. (Bapisa Jakobo 2:17, 26.) Mohlala, Jehova oa re rata. (1 Joh. 4:19) O bontšitse hore oa re rata ka ho sebelisa mantsoe a monate a ka Bibeleng. (Pes. 25:10; Bar. 8:38, 39) Leha ho le joalo, Molimo ha aa re bolelle feela hore oa re rata empa o bontša le ka liketso. Johanne o ile a re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rona ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.” (1 Joh. 4:9) Jehova o ile a lumella Mora oa hae eo a mo ratang hore a utloe bohloko a be a re shoele. (Joh. 3:16) Kahoo, na u kholisehile hore Jehova oa u rata?
7 Jesu o ile a kholisa barutuoa ba hae hore oa ba rata. (Joh. 13:1; 15:15) O ile a bontša ka ho hlaka hore na o ba rata hakae le hore na o re rata hakae eseng feela ka molomo empa le ka liketso. O ile a re: “Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Joh. 15:13) Ha re nahana ka lintho tseo Jehova le Jesu ba re etselitseng tsona, re lokela ho ikutloa joang?
8 Re bontša hore re rata Jehova le Jesu ka hore re ba mamele. (Joh. 14:15; 1 Joh. 5:3) Ka ho khetheha, Jesu o ile a re re ratane. (Joh. 13:34, 35) Ha rea lokela ho bontša Bakreste-’moho le rona ka lipuo feela hore re ea ba rata empa re lokela ho bontša ka liketso. (Bala 1 Johanne 3:18.) Ke eng ka ho khetheha eo re ka e etsang ho bontša hore rea ba rata?
RATA BAKRESTE-’MOHO LE UENA
9 Johanne a ka be a ile a lula le ntate oa hae e le hore ba etse chelete ka ho tšoasa litlhapi. Ho e-na le hoo, karolo e kholo ea bophelo ba hae o ile a e qeta a ntse a thusa ba bang ho tseba ka Jehova le Jesu. Bophelo boo Johanne a ileng a bo khetha bo ne bo se bonolo. O ile a mamella ho sotloa eaba ho elella qetellong ea mehla ea hae, o thibeloa ho bolela. (Lik. 3:1; 4:1-3; 5:18;Tšen. 1:9) Esita le nakong eo a neng a le teronkong ka lebaka la ho bolela ka Jesu, tsela eo a neng a nahana ka eona e ne e bontša hore o rata batho ba bang. Mohlala, ha a ntse a le sehlekehlekeng sa Patmose, o ile a ngola buka ea Tšenolo eaba o e romella liphuthehong e le hore li tsebe “lintho tse tla etsahala haufinyane.” (Tšen. 1:1) Kahoo, e ka ’na eaba ha a qeta ho lokolloa Patmose o ile a ngola Kosepele e buang ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. O ile a boela a ngola mangolo a mararo e le ho matlafatsa le ho khothatsa Bakreste-’moho le eena. Re ka bontša moea oa boitelo joang joaloka Johanne?
10 Tsela eo ka eona u khethang hore na bophelo ba hao bo tla ba joang e ka bontša hore na u rata batho ba bang kapa che. Lefatše la Satane le batla u qete nako u ichebile bouena feela u iketsetsa chelete le ho ipatlela botumo. Ho e-na le hoo, Bakreste ba bangata lefatšeng ka bophara ba qeta nako ba bolella batho ba bang molaetsa oa Bibele le ho ba thusa hore e be metsoalle ea Jehova. Ba bang ba khona ho ruta le ho bolela ka nako e tletseng.
11 Bakreste ba bangata ba tšepahalang ba qeta nako e ngata ba le mesebetsing e le hore ba tle ba khone ho hlokomela ba lelapa la bona le ho itlhokomela. Leha ho le joalo, Bakreste bana ba tšepahalang ba tšehetsa mokhatlo oa Molimo kahohle kamoo ba ka khonang. Ka mohlala, ba bang baa thusa ha ho e-na le likoluoa, ba bang ba sebetsa kahong hape kaofela ha rona re na le monyetla oa ho fana ka monehelo ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle. Ba etsa lintho tsena hobane ba rata Molimo le batho ba bang. Beke le beke re bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona ka ho ba teng libokeng le ho nka karolo ho tsona. Ka matsatsi a mang re ka ikutloa re khathetse empa re ba teng libokeng. Le hoja re ka tšoha, rea arabela. Hape le hoja kaofela ha rona re e-na le mathata re khothatsa ba bang pele ho liboka le ka mor’a tsona. (Baheb. 10:24, 25) Re ananela mosebetsi oo bara le barali ba bo rona ba o etsang.
12 Johanne ha aa ka a bontša lerato feela ka ho babatsa Bakreste-’moho le eena empa o ile a le bontša le ka ho ba fa keletso. Mohlala, mangolong a hae o ile a babatsa Bakreste-’moho le eena ka tumelo eo ba nang le eona le mesebetsi e metle eo ba e etsang empa o ile a boela a ba fa keletso e tobileng ha a ne a bua ka ho etsa sebe. (1 Joh. 1:8–2:1, 13, 14) Ka tsela e tšoanang, le rona re lokela ho babatsa bara le barali ba bo rona ka lintho tse ntle tseo ba li etsang. Empa ha motho e mong a qala a etsa ntho e ka ’nang ea ama setsoalle sa hae le Jehova, re ka mo bontša lerato ka hore re mo fe keletso. Ha u fa motsoalle oa hao keletso, ho hlokahala hore u be sebete etsoe Bibele e re metsoalle ea ’nete e fanana likeletso kapa hona ho bontšana liphoso.—Liprov. 27:17.
13 Ka linako tse ling re ka bontša Bakreste-’moho le rona hore rea ba rata ka ho se etse lintho tse itseng. Mohlala, ha re utloisoe bohloko ke lintho tseo ba li buang. Ak’u nahane hore na ho ile ha etsahala’ng qetellong ea bophelo ba Jesu ha a le lefatšeng. O ile a re ho barutuoa ba hae, e le hore ba tle ba fumane bophelo ba lokela ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae. (Joh. 6:53-57) Mantsoe ao a ile a tšosa barutuoa ba hae ba bangata hoo ba ileng ba tsamaea. Empa metsoalle ea hae ea ’nete e akarelletsang Johanne ha ea ka ea tsamaea. E ile ea mo khomarela ka botšepehi. E ne e sa utloisise hore na Jesu o ne a re’ng hape e ka ’na eaba ntho eo e ne e ba tšositse. Metsoalle ea Jesu e tšepahalang ha ea ka ea nahana hore o ne a fositse ’me ntho eo ha ea ka ea ba utloisa bohloko. Ho e-na le hoo, e ne e mo tšepa ’me e ne e tseba hore o ne a bua ’nete. (Joh. 6:60, 66-69) Ke habohlokoa hore re se ke ra tatela ho utloisoa bohloko ke lintho tseo metsoalle ea rona e li buang. Ho e-na le hoo, re lokela ho e fa monyetla oa hore e itlhalose.—Liprov. 18:13; Moek. 7:9.
14 Johanne o ile a boela a re khothalletsa hore re se ke ra hloea bara kapa baralib’abo rona. Haeba re sa mamele keletso eo, re ipeha kotsing ea hore re susumetsoe ke Satane. (1 Joh. 2:11; 3:15) Ntho eo e ile ea etsahalla batho ba bang qetellong ea mehla ea Johanne. Satane o ne a ikeme lepaketla ka hore a arole batho ba Molimo le hore ba hloeane. Nakong eo Johanne a neng a ngola mangolo a hae ho ne ho se ho e-na le banna ba tšoanang le Satane ba neng ba tlile ka phuthehong. Mohlala, Diotrefe o ne a se a entse likarohano tse mpe haholo ka phuthehong. (3 Joh. 9, 10) O ne a tella baemeli ba sehlopha se busang. Diotrefe o ne a se a bile a lekile ho leleka batho ba neng ba amohela baeti bao a neng a sa ba rate ka phuthehong. O ne a se a tsoile tseleng hakaakang! Satane o ntse a leka ka matla ho arola batho ba Molimo le hore ba se ke ba thusana mehleng ena. E se eka re ke ke ra lumella lehloeo hore le re arole le Bakreste-’moho le rona.
RATA LELAPA LA HAO
15 Ntho e ’ngoe eo hlooho ea lelapa e ka bontšang hore e rata lelapa la eona ke hore e le hlokomele ka litlhoko tsa mantlha. (1 Tim. 5:8) Leha ho le joalo, e lokela ho hopola hore ntho ea bohlokoa ke ho thusa lelapa la hae hore le sebeletse Jehova. (Mat. 5:3) Ak’u nahane ka mohlala oo Jesu a o behetseng lihlooho tsa malapa. Ho ea ka Kosepele ea Johanne, Jesu o ne a ntse a nahana ka lelapa labo ha a le thupeng ea tlhokofatso ’me a le haufi le ho shoa. Johanne o ne a eme le Maria ’mè oa Jesu moo Jesu a neng a tl’o bolaeloa teng. Ho sa tsotellehe bohloko bo boholo boo Jesu a neng a bo utloa, o ile a re Johanne a hlokomele ’mè oa hae. (Joh. 19:26, 27) Jesu o ne a e-na le bana ba bo ba neng ba ka hlokomela Maria empa ho bonahala eka ha ho le ea mong oa bona eo e neng e se e le molateli oa Jesu. Jesu o ile a etsa bonnete ba hore Maria oa hlokomeloa le ho thusoa hore a lule a e-na le kamano e ntle le Molimo.
16 Johanne o ne a e-na le boikarabelo bo bongata. Kaha e ne e le moapostola o ne a lokela ho chesehela mosebetsi oa ho bolela. E ka ’na eaba o ne a nyetse, kahoo o ne a lokela ho leka-lekanya lintho e le hore a hlokomele lelapa le ho le thusa ho ba le kamano e ntle le Jehova. (1 Bakor. 9:5) Lihlooho tsa malapa li ka ithuta’ng?
17 Mor’abo rona eo e leng hlooho ea lelapa a ka ’na a ba le boikarabelo bo bongata. Ka mohlala, o lokela ho sebetsa ka thata mosebetsing oa hae oa boipheliso e le hore tsela eo a itšoarang ka eona e ise thoriso ho Jehova. (Baef. 6:5, 6; Tite 2:9, 10) Kapa mohlomong o na le boikarabelo ka phuthehong, joaloka ho ba molisa le ho etella pele mosebetsi oa boboleli. Ka nako e tšoanang ho bohlokoa hore a bale Bibele le mosali oa hae le bana ba hae kamehla. Ba tla ananela haholo lintho tseo a li etsang hore ba lule ba phetse hantle ’meleng le maikutlong le hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Jehova.—Baef. 5:28, 29; 6:4.
“LULANG LERATONG LA KA”
18 Johanne o ile a phela nako e telele ’me o ile a thabela lintho tse ngata bophelong ba hae. O ile a thulana le liteko tsa mefuta eohle tse neng li ka ’na tsa fokolisa tumelo ea hae. Empa o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho mamela litaelo tsa Jesu tse akarelletsang ho rata Bakreste-’moho le eena. Ka lebaka leo Johanne o ne a kholisehile hore Jehova le Jesu baa mo rata le hore ba ne ba tla mo fa matla a hore a mamelle teko leha e le efe. (Joh. 14:15-17; 15:10; 1 Joh. 4:16) Ho sa tsotellehe makhobonthithi ao Satane le lefatše la hae ba ileng ba a etsa, Johanne ha aa ka a tlohela ho bontša Bakreste-’moho le eena lerato ka lipuo le ka liketso.
19 Joaloka Johanne, re phela lefatšeng le busoang ke Satane ’musi ea khopo ka ho fetisisa. (1 Joh. 3:1, 10) Kaha ntho eo a e batlang ke hore re hloee Bakreste-’moho le rona, a ke ke a khona ho etsa joalo haeba re sa mo lumelle. E se eka re ka tsoela pele re bontša lerato ho bara le barali ba bo rona ka lintho tseo re li buang le tseo re li etsang. Ha re bontša lerato leo, re tla thabela ho ba ka har’a lelapa la Jehova ’me re tla phela bophelo bo monate haholo.—Bala 1 Johanne 4:7.