Litšupiso Tsa E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo—Karolo ea 2
KHAOLO EA 22
O ne a Hloka Sebete e le Hore a Lule a Tšepahala
Lipotso tse Tsoang ho Babali
Bafilesta ba boleloang ka Bibeleng ke bo-mang?
Hangata Bibele e bua ka batho ba neng ba tsebahala e le Bafilesta, ba neng ba phela Kanana ha batho ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba rua Naha e Tšepisitsoeng. Ka nako e telele, Bafilesta bana ba boholo-holo ba ile ba hanyetsa batho ba Molimo, joalokaha ho totobatsoa tlalehong ea ho qoaketsana ha Davida le ’mampoli oa senatla oa Mofilesta ea bitsoang Goliathe.—1 Samuele 17:1-3, 23-53.
Bibele e bontša hore Bafilesta ba boholo-holo ba ile ba falla Kaftore ho ea lebopong la leoatle le ka boroa-bophirimela ho Kanana. (Jeremia 47:4) Kaftore e ne e le hokae? The International Standard Bible Encyclopedia (1979) e re: “Le hoja ho se na bopaki bo lekaneng bo ka fanang ka karabo e nang le matla, phuputso e nepahetseng ea morao-rao e supa hore sebaka ka sebele e ka ’na ea e-ba sehlekehleke sa Krete (kapa mohlomong Krete ho kopanyelletsa le Lihlekehleke tsa Aegean, tseo hammoho li nang le setso se tšoanang).”—Moqolo 1, leqephe la 610.
Tumellanong le sena, New World Translation of the Holy Scriptures ea baleha ho Amose 9:7: “‘Na ho ’na ha le joaloka bara ba Bakushe, lona bara ba Iseraele?’ ho rialo Jehova. ‘Na ha kea ka ka nyolla Iseraele ka boeona naheng ea Egepeta, le Bafilesta Krete, le Baasiria Kire?’”
Ha ho tsebahale hore na basesisi bana ba likepe ba boholo-holo ba ile ba falla neng Krete ho ea karolong ea Kanana e ileng ea bitsoa Filestia, lebopong la leoatle le ka boroa-bophirimela lipakeng tsa Joppa le Gaza. Ho bonahala eka ba ne ba se ntse ba le sebakeng sena sa lithota se mosikong oa lebopo la leoatle mehleng ea Abrahama le Isaaka.—Genese 20:1, 2; 21:32-34; 26:1-18.
Bafilesta ba ile ba tsoela pele e le tšusumetso e matla sebakeng seo nako e telele ka mor’a hore Baiseraele ba kene naheng eo Molimo a neng a ba tšepisitse eona. (Exoda 13:17; Joshua 13:2; Baahloli 1:18, 19; 3:3, 4; 15:9, 10; 1 Samuele 4:1-11; 7:7-14; 13:19-23; 1 Marena 16:15) Ho fihlela morao-rao nakong ea puso ea Uzzia morena oa Juda, Bafilesta ba ne ba ntse ba le metseng ea bona Gathe, Jabne, le Ashdode. (2 Likronike 26:6) Metse e meng ea bona e hlahellang litlalehong tsa Bibele e ne e le Ekrone, Ashkelone, le Gaza.
Alexandere e Moholo o ile a hapa motse oa Bafilesta oa Gaza, empa ka mor’a nako, kamoo ho bonahalang kateng Bafilesta ba ile ba khaotsa ho ba sechaba se arohileng. Moprofesa Lawrence E. Stager o ile a ngola ho Biblical Archaeology Review (May/June 1991): “Bafilesta le bona ba ile ba isoa kholehong Babylona. . . . Leha ho le joalo, ha ho tlaleho ea hore na ho ile ha etsahala eng ka Bafilesta ba neng ba le kholehong. Bao e ka bang mohlomong ba ile ba sala Ashkelone ka mor’a tlholo ea Nebukadrezare kamoo ho bonahalang kateng ba ne ba se ba se na se ba khethollang joaloka morabe osele. Ha e le hantle ba ile ba nyamela historing.”
Lebitso la mehleng ena Palestina le fumanehile mantsoeng a Selatine le Segerike, le ka saloa morao ho ea lentsoeng la Seheberu “Filestia.” Liphetolelo tse ling tsa Bibele ka puo ea Searabia li sebelisa lentsoe “Bafilesta” le ka ferekanngoang habonolo le lentsoe la mehleng ena le bolelang Mapalestina. Leha ho le joalo, Today’s Arabic Version e sebelisa lentsoe le fapaneng la Searabia, kahoo e khetholla lipakeng tsa Bafilesta ba boholo-holo le Mapalestina a mehleng ena.
“Pime” e Tiisa Bonnete ba Histori ea Bibele
LENTSOE “pime” le hlaha hang feela ka Bibeleng. Matsatsing a Morena Saule, Baiseraele ba ne ba e-ea ho litei tsa tšepe tsa Bafilista hore li leotse lithulusi tsa bona tsa tšepe. Bibele e re: “Tefello ea ho leotsa ea e-ba pime bakeng sa mehoma le bakeng sa mehoma e kang peke le bakeng sa lisebelisoa tse meno a mararo le bakeng sa lilepe le bakeng sa ho tiisa tsenene ea likhomo.”—1 Samuele 13:21.
Pime e ne e le eng? Karabo ea potso eo e ile ea lula e le lekunutu ho fihlela ka 1907 C.E. ha lejoe la pele la ho bekha la pime le ne le epolloa motseng oa boholo-holo oa Gezere. Bafetoleli ba Bibele ba mehleng ea pele ba ne ba thatafalloa ho fetolela lentsoe “pime.” Ka mohlala, King James Version, e ile ea fetolela 1 Samuele 13:21 tjena: “Empa ba ne ba e-na le feile bakeng sa lipeke, le bakeng sa likara, le bakeng sa lifereko, le bakeng sa lilepe, le bakeng sa ho leotsa litsenene.”
Kajeno litsebi lia tseba hore pime e ne e le tekanyo ea ho bekha boima eo ka karolelano e neng e le ligramo tse 7,82, kapa hoo e ka bang karolo ea bobeli ho tse tharo ea shekele, e leng tekanyo ea motheo ea Seheberu ea ho bekha boima. Bafilista ba ne ba lefisa Baiseraele tekanyo ea pime ea likotoana tsa silevera bakeng sa ho leotsa lithulusi tsa bona. Mokhoa oa ho lekanya oa shekele o ile oa khaotsa ho sebelisoa ha ’muso oa Juda le motse-moholo oa oona, Jerusalema, o ne o oa ka 607 B.C.E. Kahoo tekanyo ea pime e paka bonnete ba histori ba taba e ngotsoeng ea Seheberu joang?
Litsebi tse ling li bolela hore litemana tsa Mangolo a Seheberu, ho akarelletsa le buka ea Samuele oa Pele, li ngotsoe mehleng ea Bagerike le ea Baroma, esita le ho tloha lekholong la bobeli ho ea ho la pele la lilemo B.C.E. Ka hona, ho boleloa hore “. . . ‘ha li na bopaki ba histori,’ kapa ha li thuse ho fana ka boitsebiso ba ’nete ba histori ba ‘Bibele’ kapa ba ‘Iseraele ea boholo-holo,’ boo ka bobeli e leng feela boqapi ba kajeno ba Sejuda le ba Bokreste ba lingoliloeng.”
Leha ho le joalo, ha William G. Dever, moprofesa oa thuto ea ho epolla lintho tsa khale ea Linaha Tse Nang le Mekhoa ea Bochabela le oa thuto e mabapi le batho a bua ka tekanyo ea pime e boletsoeng ho 1 Samuele 13:21, o re: “Ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe [ke] ‘ntho e iqapetsoeng’ ke bangoli ba neng ba phela nakong ea Bagerike le ea Baroma lilemo tse makholo ka mor’a hore litekanyo tsena tsa ho bekha boima li nyamele le ho lebaloa. Ha e le hantle, karolo ena ea temana ea Bibele . . . e ne e ke ke ea utloisisoa ho fihlela qalong ea lekholo la bo20 la lilemo A.D., ha ho ne ho sibolloa mehlala ea pele ea sebele ea thuto ea ho epolla lintho tsa khale, e neng e e-na le lentsoe la Seheberu pîm.” Moprofesa o tsoela pele ka ho re: “Haeba litlaleho tsa Bibele kaofela ke ‘boqapi ba bongoli’ ba mehla ea Bagerike le ea Baroma, ho tlile joang hore pale ee ka ho khetheha e be Bibeleng ea Seheberu? Ke ’nete hore e mong a ka ’na a hanyetsa a re, taba ea pîm ‘ke ntlha e le ’ngoe e nyenyane.’ Seo ke ’nete; empa joalokaha ho tsebahala, ‘histori e entsoe ka lintlha tse ngata.’”
it “Mikmashe” ¶4
Mikmashe
Jonathane o Tšelela ho Bafilista. Lebotho la Bafilista le ne le hlomme litente Mikmashe. Le ne le ntša lihlopha tse tharo tsa ba nkang thepa ka mahahapa ebe le saloa morao ke sehlotšoana se seng se neng se ea khohlong ea Mikmashe, se le malala-a-laotsoe bakeng sa ho loana. Jonathane o ile a etsa qeto ea ho felisa merero eo ea bona e kotsi. (1Sa 13:16-23) E le hore a atlehe, o ile a tšela khohlo ea Mikmashe, (haeba ke Khohlo ea Suweinit) e neng e tebile haholo ’me e entse lilomo tse kholohali ka Bochabela, lehlakoreng la Geba (Jabaʽ). Mona moo Jonathane a neng a batla ho tšela teng, ho ne ho e-na le mafika a mabeli a maholo, le leng le ne le le ka lehlakoreng la Geba le leng le le ka lehlakoreng la Mikmashe. E ka ’na eaba mafika ana ke ’ona a neng a bitsoa Bozeze le Sena. A ne a shebahala joaloka meno a mabeli. E ka ’na eaba mafika ana a ne a se a se motsu hobane ho ile ha e-ba le likhohola ka lilemo tse ka bang makholo a 30. (1Sa 14:1-7) Ho ne ho ka ba thata ho motho ea sa tsebeng sebaka sena hore a tšele moo, kaha ho ne ho e-na le mafika le majoe a maholohali a neng a ka ’na a etsa hore ho be thata ho tsamaea moo. Empa kaha Jonathane o ne a holetse sebakeng sa Babenjamine, e ka ’na eaba o ne a tseba sebaka sena hantle. Hape e ka ’na eaba nakong eo ntate oa hae a neng a hlomme litente Mikmashe ’me eena a li hlomme Geba, Jonathane o ne a tsamaea sebakeng sena hangata, ’me taba ena e ile ea etsa hore a tloaele sebaka seo haholoanyane.
it “Mefiboshethe” No. 2 ¶1
Mefiboshethe
2. Mora oa Jonathane le setloholo sa Morena Saule. Ha mohlokomeli oa Mefiboshethe a fumana molaetsa o tsoang Jezriele oa hore Saule le Jonathane ba hlokahetse, o ile a tšoha eaba o nka Mefiboshethe ea neng a le lilemo li hlano ka nako eo eaba o baleha ka eena. Eitse ha a ntse a baleha, Mefiboshethe ‘a oa eaba o holofala’ maoto a mabeli. (2Sa 4:4) Lilemo hamorao, Mefiboshethe o ile a lula le Makire, eo e neng e le mora oa Amiele ea lulang Lo-debare. Tsiba eo e neng e le mosebeletsi oa mehleng oa Saule o ile a bolella Davida taba ena. Ha ho potang hore ha Davida a hopola tšepiso eo a ileng a e etsetsa Jonathane (1Sa 20:12-17, 42), o ile a utloa a batla ho bontša mang kapa mang ea setseng lelapeng la Jonathane hore oa mo rata. Mefiboshethe o ile a tlisoa ho Davida, eaba Davida o mo bolella hore o lakatsa ho mo bontša hore oa mo rata. O ile a re o tla khutlisetsa tšimo ea Saule ho Mefiboshethe, a ba a re o batla hore Mefiboshethe a je tafoleng ea hae kamehla. Ka boikokobetso, Mefiboshethe o ile a re: “Ebe ’na mohlanka oa hao ke eng hoo u ka tšoenyehang ka ntja e shoeleng joaloka ’na?” Leha ho le joalo, Davida o ne a ikemiselitse ho phethahatsa tšepiso ea hae. Kahoo, o ile a etsa Tsiba le bohle ba neng ba lula ha hae (ba neng ba akarelletsa bara ba 15 le basebeletsi ba 20) basebeletsi ba Mefiboshethe, ea neng a fuoe tšimo ea Saule. Kahoo, Mefiboshethe o ile a lula Jerusalema ’me o ne a ja tafoleng ea morena.—2Sa 9.
SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 4
Tsoelang Pele ho Ratana Joaloka Lelapa
“Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu.”—BAR. 12:10.
SELELEKELA
Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba tla tsejoa ka lerato leo ba nang le lona. Kaofela ha rona re leka ho bontša lerato lena. Tsela eo lelapa le ratanang le ho utloana ka eona e lokela ho ba tsela eo re tlamehang ho sebeletsa ho rata Bakreste-’moho ka eona. Sehlooho sena se tl’o re thusa ho ba le lerato la mofuta oo haholo-holo bakeng sa bao re amanang le bona tumelong.
BIBELE e ile ea bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela batho ba tla hloka “lerato la tlhaho.” (2 Tim. 3:1, 3) Boprofeta bona bo phethahala hantle mehleng ena. Ka mohlala, malapa a mangata a arohane ka lebaka la tlhalo kahoo, taba ena e etsa hore banyalani ba koatelane ’me bana bona ba utloe ba sa ratoe. Esita le malapa a ntseng a lula hammoho a ka ’na a se utloane. Moeletsi e mong oa malapa o re: “Ka lapeng, ’mè, ntate le bana ha ba na kutloano ho e-na le hoo ba utloana haholo le lik’homphieutha, li-tablet, lifono kapa lipapali tsa livideo. Le hoja batho bana ba lula hammoho, ha ba tsebane ho hang.”
2 Ha re batle ho hloka lerato joaloka batho ba bangata ba lefatše lena. (Bar. 12:2) Ho e-na le hoo, re batla ho ba le lerato le mofuthu eseng feela ho ba lelapa empa le ho Bakreste-’moho le rona. (Bala Baroma 12:10.) Lerato lee leo re buang ka lona ke la mofuta ofe? Ke leo malapa a utloanang le a ratanang a ikutloang ka eona. Lerato lena ke lona leo re hlokang ho ba le lona bakeng sa Bakreste-’moho le rona. Ha re e-na le lerato lena, re tla etsa hore bohle ba sebeletse Jehova ba momahane ebile ba thabile.—Mik. 2:12.
3 E le hore re khone ho ba le lerato lena, a re boneng hore na re ka ithuta’ng mehlaleng e ka Bibeleng.
“JEHOVA O NA LE LERATO LE MOFUTHU HAHOLO”
4 Bibele e re senolela makhabane a Jehova. Mohlala, e re “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Na ha u utloa temana eo, ha u susumeletsehe hore u batle ho ba motsoalle oa Jehova? Bibele e boetse e re: “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo.” (Bala Jakobo 5:11.) Ena ke tsela e ntle haholo ea ho hlalosa kamoo Jehova a re ratang kateng.
5 Na u hlokometse hore Jakobo 5:11 e amahanya lerato la Jehova le mohau oo le oona o etsang hore re batle ho ba haufi le eena? (Ex. 34:6) Tsela eo Jehova a re bontšang mohau ka eona ke ka ho re tšoarela ha re entse liphoso. (Pes. 51:1) Ka Bibeleng, mohau ha o hlalosoe e le ho tšoarela feela. O boetse o hlalosoa e le boikutlo boo motho a bang le bona ha a bona motho ea nang le mathata ’me a susumelletseha ho mo thusa. Jehova o re tsela eo a ikutloang ka eona ea hore a re thuse e matla ho feta tsela eo ’mè a ikutloang ka eona ka ngoana oa hae. (Esa. 49:15) Haeba re e-na le mathata, mohau oa Jehova o mo susumelletsa hore a re thuse. (Pes. 37:39; 1 Bakor. 10:13) Re ka bontša bara le barali ba bo rona mohau ka hore re ba tšoarele ’me re se ke ra lula re koatile haeba ba entse ntho e re utloisitseng bohloko. (Baef. 4:32) Empa tsela e ka sehloohong eo re ka bontšang bara le barali ba bo rona mohau ka eona, ke ka hore re ba tšehetse ha ba e-na le mathata. Haeba lerato le re susumelletsa hore re be mohau ho batho ba bang, re tla be re etsisa Jehova ea nang le lerato le mofuthu ho feta motho le ha e le ofe.—Baef. 5:1.
JONATHANE LE DAVIDA BA BA LE SETSOALLE SE MATLA
6 Bibele e re bolella ka batho ba sa phethahalang ba ileng ba bontšana lerato le matla haholo. Nahana ka mohlala oa Jonathane le Davida. Bibele e re: “Moea oa Jonathane oa tlamahana le moea oa Davida, ’me Jonathane a qala ho mo rata joaloka moea oa hae.” (1 Sam. 18:1) Davida o ile a tlotsoa hore a tle a hlahlame Saule boreneng. Ka mor’a moo, Saule o ile a monela Davida eaba o leka ho mo bolaea. Empa Jonathane mora oa Saule ha aa ka a tšehetsa ntate oa hae ha a ne a batla ho bolaea Davida. Jonathane le Davida ba ile ba tšepisana hore ba tla lula e le metsoalle ba bile ba tšehetsana.—1 Sam. 20:42.
7 Tsela eo Jonathane le Davida ba neng ba utloana le ho ratana ka eona ea hlolla kaha ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse neng li ka ba thibela hore e be metsoalle. Ka mohlala, Jonathane o ne a feta Davida ka lilemo tse ka bang 30. Jonathane o ne a ka nahana hore e ke ke ea e-ba motsoalle oa moshanyana enoa ea monyane le ea sa tsebeng hakaalo ka bophelo. Empa Jonathane o ne a sa nke Davida e le motho ea fokolang hakaalo.
8 Jonathane o ne a ka ’na a shoela Davida mona. Kaha e ne e le mora oa Morena Saule, o ne a ka ’na a re ke eena ea nang le tokelo ea ho hlahlama morena. (1 Sam. 20:31) Empa o ne a ikokobelitse hape a tšepahalla Jehova. Kahoo, o ile a tšehetsa qeto eo Jehova a e entseng ea hore Davida e be eena morena. O ne a boetse a tšepahalla Davida le hoja ntho ena e ile ea koatisa Saule haholo.—1 Sam. 20:32-34.
9 Jonathane o ne a rata Davida ka lerato le matla haholo, kahoo o ne a sa mo monele. Jonathane e ne e le mohlabani ea sebete hape o ne a e-na le boiphihlelo ntoeng. Batho ba ne ba re Jonathane le ntate oa hae ba ne ba le “lebelo ho feta lintsu” ebile ba le “matla ho feta litau.” (2 Sam. 1:22, 23) Ka hona, Jonathane o ne a ka ikotla sefuba ka lebaka la hore e ne e le mohale oa ntoa. Leha ho le joalo, Jonathane o ne a se na moea oa tlholisano hape a se mona. Ho fapana le hoo, Jonathane o ne a rata Davida hobane a le sebete a bile a tšepa Jehova. Ha e le hantle, e bile ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe moo Jonathane a ileng a mo rata haholo. Joale, re ka bontša lerato le tšoanang le leo ho Bakreste-’moho le rona joang?
RE KA BONTŠA LERATO LE MOFUTHU JOANG KAJENO?
10 Bibele e re re “ratane ka matla haholo ho tloha pelong.” (1 Pet. 1:22) Jehova o re behela mohlala tabeng ena. Lerato la hae le matla haholo hoo haeba re lula re tšepahala a ke keng a tlohela ho re rata. (Bar. 8:38, 39) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e “le matla haholo” le bontša hore motho e mong o etsa boiteko bo matla haholo ba hore a bontše hore o rata batho ba bang. Ka linako tse ling, re lokela ho sebetsa ka thata re be re etse boiteko bo matla e le hore re bontše bara le barali ba bo rona hore re ba rata haholo. Ha batho ba bang ba re utloisa bohloko, re lokela ho tsoela pele ho mamellana ka lerato, re leke ka tieo ho ba le kutloano le ho ba le khotso. (Baef. 4:1-3) Ha re sebetsa ka thata hore re be le maqhama a khotso le Bakreste-’moho le rona, re ke ke ra sheba liphoso tseo ba li etsang. Empa re tla leka kahohle ho ba tšoara ka tsela eo Jehova a ba tšoarang ka eona.—1 Sam. 16:7; Pes. 130:3.
11 Ha se ntho e bonolo hore kamehla re bontše bara le barali ba bo rona lerato le mofuthu, haholo-holo haeba re tseba liphoso tsa bona. Taba ena e ne e le pharela mehleng ea Bakreste ba pele. Ka mohlala, ho ka etsahala hore ebe Evodia le Syntike ba ne ba se na bothata ba ho sebetsa le Pauluse mahetla a bapile mosebetsing oa boboleli. Empa ka mabaka a itseng ba ne ba thatafalloa ke ho utloana. Kahoo, Pauluse o ile a ba khothaletsa hore “ba be le kelello e tšoanang Moreneng.”—Bafil. 4:2, 3.
12 Mehleng ee, re ka bontša bara le barali ba bo rona lerato le mofuthu joang? Ha re ipha nako ea ho tseba Bakreste-’moho le rona haholoanyane, ho ka ba bonolo hore re ba utloisise le hore re ba bontše lerato le mofuthu. Re ka ba metsoalle ea bona ho sa tsotellehe lilemo le hore na ba holisitsoe joang. U hopole hore Jonathane o ne feta Davida ka lilemo tse ka bang 30 empa ho ntse ho le joalo, e ile ea e-ba motsoalle oa hae ea haufi. Leka ho etsa setsoalle le batho bohle ho sa tsotellehe hore na ba baholo kapa ba banyenyane ho uena. Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore u na le “lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rona.”—1 Pet. 2:17.
13 Na ho rata Bakreste-’moho ho bolela hore re tla ba haufi le motho e mong le e mong ka phuthehong? Che, ntho e joalo e ke ke ea etsahala. Ha se ntho e mpe ho utloa u rata motho e mong ho feta e mong hobane ho e-na le lintho tseo le tšoanang ka tsona. Jesu o ne a bitsa baapostola ba hae “metsoalle” empa o ne a rata Johanne haholo. (Joh. 13:23; 15:15; 20:2) Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa tšoare Johanne ka tsela e ikhethang ho feta ba bang. Ka mohlala, ha Johanne le abuti oa hae Jakobo ba kopa Jesu hore a ba fe sebaka se phahameng ’Musong oa Molimo, Jesu o ile a re ho bona: “Ha e le ho lula ka ho la ka le letona kapa ka ho le letšehali ha se ’na ea ka fanang ka hona.” (Mar. 10:35-40) Joaloka Jesu, re lokela ho tšoara metsoalle ea rona ka tsela e tšoanang. (Jak. 2:3, 4) Haeba re etsa joalo, re tla be re etsa hore ho be le khotso ka phuthehong.—Juda 17-19.
14 Haeba re bontšana lerato, re thibela hore ho se ke ha e-ba le moea oa tlholisano ka phuthehong. Hopola hore Jonathane ha aa ka a monela Davida ka hore o batla ho mo nkela borena. Kaofela ha rona re ka etsisa mohlala oa Jonathane. U se ke oa monela Bakreste-’moho le uena ka lebaka la bokhoni ba bona ‘empa ka ho ikokobetsa kelellong u nke hore ba u phahametse.’ (Bala Bafilipi 2:3.) Hopola hore motho e mong le e mong ka phuthehong a ka khona ho etsa ntho e ka thusang phutheho. Kahoo, haeba re lula re ikokobelitse, re tla khona ho bona makhabane a bara le barali ba bo rona ’me re tla rua melemo mehlaleng ea bona.—1 Bakor. 12:21-25.
15 Ha re hlaheloa ke mathata ao re sa a lebellang, Jehova o re tšelisa ka Bakreste-’moho le rona ba re thusang ka lerato. Ak’u nahane ka lelapa le leng le neng le tsoa Kopanong ea Machaba ka Moqebelo e neng e tšoaretsoe Amerika ka 2019, ea “Lerato ha le Fele le ka Mohla!” ’Mè Tanya ea nang le bana ba bararo o re: “Re ne re le tseleng e khutlelang hoteleng eo re neng re fihletse ho eona ha koloi e ’ngoe e tsoa taolong ’me e thula ea rona. Re ne re sa lemala empa re ne re tšohile haholo kahoo re ile re tsoa ka koloing. E le hore re se ke ra ba kotsing, motho e mong o ile a re bitsetsa koloing ea hae. E ne e le mor’abo rona e mong ea neng a sa tsoa tloha kopanong. Ha se eena feela ea ileng a ema. Lipaki tse hlano tse tsoang Sweden le tsona li ile tsa ema. Baralib’abo rona ba ile ba haka ’na le morali oa ka e leng ntho eo re neng e hloka. Ke ile ka ba tiisetsa hore re tla ba hantle empa ha baa ka ba tsamaea. Ba ile ba ema moo le rona ho fihlela ba tsa bongaka ba fihla ’me ba ile ba etsa bonnete ba hore re na le lintho tseo re li hlokang. Nakong ena e boima, re ile ra utloa lerato la Jehova. Ketsahalo ena e ile ea matlafatsa lerato leo re ratang Bakreste-’moho le rona ka eona ea ba ea boela ea matlafatsa tsela eo re ratang Jehova le ho mo ananela ka eona.” Na u sa hopola nako eo ka eona u neng u hloka thuso eaba Mokreste-’moho le uena o u bontša lerato?
16 Nahana ka lintho tse ntle tse bang teng ha re bontšana lerato ebile re utloana. Re tšelisa bara le barali ba bo rona ha ba e-na le mathata. Re etsa hore ho be le bonngoe har’a bahlanka ba Molimo. Re bontša hore re barutuoa ba Jesu ’me ka ho etsa joalo re etsa hore batho ba bonolo ba batle ho sebeletsa Jehova. Habohlokoa le ho feta, re halaletsa Jehova “ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakor. 1:3) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho bontšana lerato le matla haholo.
Karete ea Bibele e Inthaneteng
Jonathane
KARETE EA BIBELE EA 23
LI BOKELLENG ’ME LE ITHUTE
JONATHANE
PALE EA HAE EA BOPHELO Le hoja e ne e le mojalefa ’me a feta Davida ka lilemo tse ka bang 30, Jonathane o ile a tšehetsa Davida joaloka eo Molimo a mo khethileng hore e be morena. (1 Samuele 23:15-18) Jonathane o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka ho sireletsa Davida ho Saule, e leng ntate oa hae ea mona. (1 Samuele 20:1-42) Mohlala oa Jonathane o re ruta hore re thabe le ba bang ha Molimo a ba fa lintho tse molemo.
LIPOTSO
A. Jonathane e ne e le letsibolo la․․․․․
B. ’Nete kapa Bohata? Ntate oa Jonathane o ile a mo betsa ka lerumo.
C. Jonathane o ne a rata mang ka ho khetheha, hona hobane’ng?
LIKARABO
A. Morena Saule.—1 Samuele 14:47, 49.
B. ’Nete.—1 Samuele 20:33.
C. Davida. O ile a bona sebete sa Davida le lerato la hae ho Jehova, ha a ne a loana le Goliathe.—1 Samuele 17:1–18:4.
[Lilemo]
4026 B.C.E. Adama oa boptjoa
O hlaha hoo e ka bang ka 1138 B.C.E.
1 C.E.
98 C.E. Buka ea ho qetela ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
O ile a hlola Bafilista Geba le Mikmashe
JERUSALEMA
Geba
Mikmashe
KHAOLO EA 23
O lle a Loana le Senatlahali
“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”
Boaze o ile a nyala Ruthe. Ka mor’a moo, re bala hore: “Jehova a mo lumella ho emola ’me a tsoala mora.” Basali ba Bethlehema ba ile ba thoholetsa Naomi ’me ba babatsa Ruthe ka hore o molemo ho feta bara ba supileng. Hamorao, re ithuta hore mora oa Ruthe e ile ea e-ba moholo-holo oa Morena Davida ea tsebahalang. (Ruthe 4:11-22) Davida eena e ile ea e-ba moholo-holo oa Jesu Kreste.—Matheu 1:1.
[Naletsana]
Ruthe ke e mong oa basali ba bane bao Bibele e ba thathamisitseng lelokong la Jesu. E mong ke Rahaba, eo e neng e le ’mè oa Boaze. (Matheu 1:3, 5, 6, 16) Joaloka Ruthe, e ne e se Moiseraele.
Na Tlaleho ea Davida le Goliathe ke ’Nete?
Batho ba bang baa ipotsa hore na ebe tlaleho ea Davida le Goliathe ke ’nete kapa e iqapetsoe. Na le uena u ile oa ipotsa potso e tšoanang ha u ntse u bala sehlooho se fetileng? Haeba ho joalo, re kopa u nahane ka lipotso tse tharo tse latelang.
1 | Na ho na le motho ea ka bang bolelele ba limithara tse 2.9?
Bibele e re Goliathe o ne a le bolelele ba “litsoe tse tšeletseng le boahlamo ba seatla.” (1 Samuele 17:4) Litsoe tseo ho buuoang ka tsona mona ke lisenthimithara tse 44,5 ’me boahlamo ba seatla ke tse 22,2. Ha u li kopanya li etsa limithara tse 2,9. Batho ba bang ba re ho ke ke ha etsahala hore ebe Goliathe o ne a le molelele hakaalo. Empa nahana ka sena: Mehleng ena motho e molelele ka ho fetisisa eo ho tlalehiloeng ka eena o ne a le bolelele ba limithara tse 2,7. Na ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe Goliathe o ne a le bolelele boo kapa ho feta? E ne e le e mong oa Barefaime, e leng banna ba neng ba tsebahala ka hore ba bolelele bo sa tloaelehang. Tokomane ea Egepeta ea lilemong tsa bo-1201 ho ea ho 1300 e re naheng ea Kanana ho ne ho e-na le banna ba tšajoang ba neng ba le bolelele ba limithara tse 2,4. Ke ’nete hore bolelele ba Goliathe ha boa tloaeleha empa ho ne ho e-na le batho ba bolelele boo.
2 | Na Davida e ne e le motho oa sebele?
Ho na le nako eo litsebi tse ling li neng li batla hore Morena Davida ke motho ea iqapetsoeng empa ha lia ka tsa atleha. Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana lejoe le ngotsoeng “Ntlo ea Davida.” Hape, Jesu Kreste o ile a bua ka Davida e le motho oa sebele. (Matheu 12:3; 22:43-45) Jesu ea tsebahalang e le Mesia o ne a tsoa lelokong la Morena Davida. (Matheu 1:6-16; Luka 3:23-31) Kahoo, ho hlakile hore Davida e ne e le motho oa sebele.
3 | Na sebaka seo ba neng ba loanela ho sona se hlile se teng?
Bibele e re ba ne ba loanela Khohlong ea Ela. Empa ha e felle moo. E re Bafilista ba ne ba hlomme liahelo ka thoko ho leralla lipakeng tsa motse oa Soko le Azeka. Baiseraele ba ne ba hlomme tsa bona ka lehlakoreng le leng la khohlo. Na ke libaka tse teng?
Ntate e mong ea ileng a etela libakeng tseo o re: “Motho ea re bontšang libaka, eo eseng Mokreste, o ile a re isa Khohlong ea Ela. Re ne re eme leralleng re shebile khohlong eaba o re re bale 1 Samuele 17:1-3. O ile a supa ka ’nģane ho khohlo eaba o re: ‘Ka letsohong le letšehali ke lithako tsa motse oa Soko.’ Eaba o re: ‘Ka ho le letona ke lithako tsa Azeka. Bafilista ba ne ba hloma liahelo lipakeng tsa metse ena e ’meli, ka thoko ho leralla lane. E ka ’na eaba re eme moo Baiseraele ba neng ba hloma liahelo teng.’ Ke ile ka nahana Saule le Davida ba eme hona mona moo ke emeng. Eaba rea theoha ’me re fihla lebopong la noka moo ho nang le majoe a mangata. Ke ile ka nahana ha Davida a thonaka majoe a mahlano a boreleli ao le leng la ’ona le ileng la bolaea Goliathe.” Joaloka batho ba bangata ba ileng ba etela sebaka seo, ntate eo o ne a hloletsoe ke kamoo tlaleho ea Bibele e nepahetseng kateng.
Ha re na mabaka a ho se lumele hore tlaleho ena e kile ea etsahala. E bua ka batho le libaka tsa sebele. Empa taba ea bohlokoa ke hore ke karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, kahoo ke ’nete hobane Molimo a ‘ke ke a bua leshano.’—Tite 1:2; 2 Timothea 3:16.
Monna ea Ratoang ke Pelo ea Jehova
Ha Bibele e qala ho bua ka Davida, e ne e sa le moshanyana e monyenyane oa molisa eo boikarabelo ba hae e neng e le ho alosa linku tsa ntate oa hae. Ho bonahala mosebetsi ona o ne o akarelletsa ho qeta nako e telele a le mong naheng, a alositse linku bosiu le motšehare. Ak’u nahane ka maemo ana:
Lelapa labo Davida le ne le lula Bethlehema, e leng motse o monyenyane o lihlabeng tsa Juda. Motse oa Bethlehema o ne o pota-potiloe ke masimo a mokurutlaneng ’me a hlahisa chai e ngata ea lijo-thollo. Methipoloheng ho ne ho tletse lirapa tsa lifate tsa litholoana, masimo a mohloaare le a morara. Mehleng ea Davida, ho ka etsahala hore ebe makhulo a ne a e-ba lihlabeng moo ho sa lengoeng. Lefeella la Juda le ne le le thokoana mane.
Mosebetsi oa bolisa o ne o ka ba kotsi. Ke maralleng ana moo Davida a ileng a loana le tau le bere ha li leka ho hloibila linku tsa mohlape oabo. Mocha enoa ea sebete o ile a sala libata tsena morao, a li bolaea a ba a pholosa linku tsabo melomong ea tsona. (1 Samuele 17:34-36) Mohlomong Davida o ithutile ho betsa letjeketjane ka eona nako eo. Haufi le motse oa habo e ne e le naha ea leloko la Benjamine. Banna ba leloko lena ba tsebang ho betsa letjeketjane ba ne ba ka otla ntho ‘e botenya ba moriri ’me ba ne ba sa fose.’ Davida le eena o ne a nepa ka tsela e tšoanang.—Baahloli 20:14-16; 1 Samuele 17:49.
O ne a Sebelisa Nako Hantle
Ha molisa a alositse, o qeta nako e ngata a le sebakeng se khutsitseng a bile a le mong. Empa Davida ha aa ka a itlohella hore a jeoe ke bolutu. Ho e-na le hoo, o ne a fumana menyetla e mengata ea ho thuisa linakong tseo tsa ha ho khutsitse. Ho bonahala hore lintlha tse ling tseo Davida a buileng ka tsona lipesalemeng tsa hae, ke tseo a neng a nahana ka tsona bocheng ba hae. Ebe ke linakong tsee tsa ha ho khutsitse moo a ileng a nahana ka boemo ba motho bokahohleng a ba a nahana ka lintho tse hlollang tse maholimong—letsatsi, khoeli le linaleli, e leng “mesebetsi ea menoana ea [Jehova]”? Ebe o ile a nahana ka naha e behang, likhutšoane le lipholo, linonyana le “liphoofolo tsa naha e sabaletseng” ha a ntse a le masimong a potolohileng Bethlehema?—Pesaleme ea 8:3-9; 19:1-6.
Ha ho potang hore lintho tse ileng tsa hlahela Davida ha e sa ntse e le molisa li ile tsa etsa hore a kholisehe hore Jehova o bonolo ha a sebelisana le batho ba hae ba tšepahalang. Ke kahoo Davida a ileng a re: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho. O nthobatsa makhulong a tletseng joang; o ntsamaisa haufi le libaka tsa phomolo tse noselitsoeng hantle. Esita le haeba ke tsamaea phuleng ea moriti o lefifi, ha ke tšabe letho le lebe, kaha u na le ’na; molamu oa hao le lere la hao ke lintho tse ntšelisang.”—Pesaleme ea 23:1, 2, 4.
Barab’abo Rona ba Bacha, le ka Etsaʼng Hore Batho ba Bang ba le Tšepe?
6 Davida o ne a lokela ho sebetsana le maikutlo a fosahetseng ao batho ba bang ba neng ba e-na le ’ona ka eena. Ka mohlala, ha Davida a ne a ithaopela ho loantša Goliathe, Morena Saule o ile a leka ho mo nyahamisa eaba o re ho eena: “U sa le moshanyana.” (1 Sam. 17:31-33) Pele ho moo, moholoane oa Davida o ile a mo qosa ka hore oa itaola. (1 Sam. 17:26-30) Leha ho le joalo, Jehova o ne a sa nke Davida a le monyenyane kapa a se na boikarabelo. Jehova o ne a tseba Davida hantle. Kaha Davida o ne a tšepile motsoalle oa hae e leng Jehova hore o tla mo fa matla, o ile a bolaea Goliathe.—1 Sam. 17:45, 48-51.
it Eliabe No. 4 ¶1
Eliabe
4. E ne e le mora oa matsibolo oa Jese, ntate oa Morena Davida. (1Sa 17:13; 1Kr 2:13) Samuele o ne a khahliloe ke tsela eo a shebahalang ka eona le bolelele ba hae, a ba a nahana hore Molimo o khethile eena hore ebe morena. Leha ho le joalo, Jehova o ne a sa khetha Eliabe empa o ne a khethile Davida.—1Sa 16:6-12.
Barab’abo Rona ba Bacha, le ka Etsa’ng Hore Batho ba Bang ba le Tšepe?
BARAB’ABO rona ba bacha, ho na le lintho tse ngata tseo le ka li etsang ka phuthehong. Bongata ba lona le na le matla ebile le mafolofolo. (Liprov. 20:29) Le bohlokoa haholo bakeng sa phutheho. Mohlomong le ka rata ho ba bahlanka ba sebeletsang. Leha ho le joalo, le ka ’na la utloa eka batho ba bang ba nahana hore le banyenyane haholo kapa ha le na khona ho etsa mesebetsi ea bohlokoa. Le hoja le le banyenyane, ho na le lintho tse ngata tseo le ka li etsang hona joale e le hore phutheho e ka le tšepa le ho le hlompha.
2 Sehloohong sena re tl’o bua ka bophelo ba Morena Davida. Re tla boela re bue hanyane ka lintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba marena a mabeli a Juda e leng Asa le Josafate. Re tla bua ka hore na banna bana ba bararo ba ile ba e-ba le mathata afe, ba ile ba a rarolla joang le hore na barab’abo rona ba bacha ba ka ithuta’ng mehlaleng ea bona.
U KA ITHUTA’NG HO MORENA DAVIDA?
3 Ha e ntse e le moshanyana, Davida o ile a ba le bokhoni boo batho ba bang ba neng ba bo nka bo le bohlokoa. Ho hlakile hore o ne a e-na le kamano e ntle le Jehova ’me o ile a sebetsa ka thata hore a be le bokhoni ba ho letsa ’mino hoo a ileng a bo sebelisa ho thusa Morena Saule ea neng a khethiloe ke Molimo. (1 Sam. 16:16, 23) Na barab’abo rona ba bacha ba na le bokhoni boo ba ka bo sebelisang ho thusa batho ba bang ka phuthehong? Boholo ba lona le na le bona. Mohlala, mohlomong le hlokometse hore batho ba bang ba holileng baa ananela ha le ba bontša hore ba ka sebelisa lifono tsa bona le lintho tse ling joang ha ba ithuta Bibele le ha ba lokisetsa liboka. Kaha le tseba ho sebelisa lintho tsena le ka thusa batho ba holileng haholo.
4 Letsatsi le letsatsi, Davida o ile a bontša hore o na le boikarabelo hape oa tšepahala. Ka mohlala, ha e sa le mocha o ile a sebetsa ka thata ho hlokomela linku tsa ntate oa hae. Mosebetsi oo o ile oa ba kotsi. Hamorao Davida o ile a re ho Morena Saule: “Mohlanka oa hao e bile molisa oa tsa ntat’ae har’a mohlape, ’me ho ile ha tla tau, le bere, ’me e ’ngoe le e ’ngoe ea nka nku mohlapeng. Ka e sala morao eaba kea e hlaba ’me ke e pholosa molomong oa eona.” (1 Sam. 17:34, 35) Davida o ne a tseba hore ke boikarabelo ba hae hore a hlokomele linku tseo ’me ka sebete o ile a li loanela. Barab’abo rona ba bacha ba ka etsisa Davida ka hore ka mafolofolo ba phethe mosebetsi o mong le o mong oo ba o fuoang.
5 Ha Davida e sa le mocha o ile a ba le kamano e ntle haholo le Jehova. Setsoalle sa hae le Jehova se ne se le bohlokoa haholo ho feta sebete seo a neng a e-na le sona kapa bokhoni ba hae ba ho letsa harepa. Ho Davida Jehova e ne e se Molimo feela tjee, e ne e le motsoalle oa hae ea haufi-ufi. (Bala Pesaleme ea 25:14.) Barab’abo rona ba bacha, ntho ea bohlokoa eo le lokelang ho e etsa ke ho matlafatsa kamano ea lona le Jehova ’me taba eo e ka etsa hore le fuoe mesebetsi e eketsehileng ka phuthehong.
6 Davida o ne a lokela ho sebetsana le maikutlo a fosahetseng ao batho ba bang ba neng ba e-na le ’ona ka eena. Ka mohlala, ha Davida a ne a ithaopela ho loantša Goliathe, Morena Saule o ile a leka ho mo nyahamisa eaba o re ho eena: “U sa le moshanyana.” (1 Sam. 17:31-33) Pele ho moo, moholoane oa Davida o ile a mo qosa ka hore oa itaola. (1 Sam. 17:26-30) Leha ho le joalo, Jehova o ne a sa nke Davida a le monyenyane kapa a se na boikarabelo. Jehova o ne a tseba Davida hantle. Kaha Davida o ne a tšepile motsoalle oa hae e leng Jehova hore o tla mo fa matla, o ile a bolaea Goliathe.—1 Sam. 17:45, 48-51.
7 U ka ithuta’ng mohlaleng oa Davida? U lokela ho ba le mamello. Ho ka nka nako hore batho ba u tsebileng ha u ntse u le ngoana ba hlokomele hore u se u holile. Leha ho le joalo, u ka kholiseha hore Jehova eena ha a ameha ka hore na u shebahala joang. O u tseba hantle le hore na u khona ho etsa’ng. (1 Sam. 16:7) Kahoo, matlafatsa kamano ea hao le Molimo. Davida o ile a khona ho etsa joalo ka hore a bohe lintho tseo Jehova a li bopileng. O ile a nahanisisa ka hore na popo e mo ruta’ng ka ’Mopi oa eona. (Pes. 8:3, 4; 139:14; Bar. 1:20) Ntho e ’ngoe eo u ka e etsang ke hore u kope Jehova hore a u fe matla. Mohlala, na bana bao u kenang sekolo le bona ba u hobosa hobane feela u le Paki ea Jehova? Haeba ho joalo, kopa Jehova hore a u thuse ho sebetsana le bothata boo. Hape u sebelise keletso eo u e fumanang ka Lentsoeng la hae, livideong le ho lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Kamehla ha u bona Jehova a u thusa ho rarolla bothata boo u nang le bona, u tla mo tšepa le ho feta. Ho feta moo, ha batho ba bang ba bona hore u itšetleha ka Jehova, ba tla u tšepa.
8 Nahana ka bothata bo bong boo Davida a ileng a ba le bona. Ka mor’a hore a tlotsoe hore e be morena, o ile a lokela ho ema lilemo tse ngata pele e ka ba morena oa Juda. (1 Sam. 16:13; 2 Sam. 2:3, 4) Nakong eo eohle, o ile a thusoa ke’ng hore a lete ka mamello? Ho e-na le hore a nyahame, Davida o ile a nahana haholo ka hore na a ka etsa’ng. Ka mohlala, ha e ntse e le mophaphathehi naheng ea Bafilista, o ile a sebelisa monyetla oo a neng a e-na le oona ho loantša lira tsa Baiseraele. Ka ho etsa joalo, o ne a sireletsa meeli ea Juda.—1 Sam. 27:1-12.
9 Barab’abo rona ba bacha le ka ithuta’ng mohlaleng oa Davida? Lekang menyetla eohle e teng ho thusa Bakreste-’moho le lona. Nahanang ka mohlala oa Mor’abo rona Ricardo. Haesale a batla ho ba pula-maliboho ea kamehla ho tloha a ha e sa le ngoana. Empa baholo ba ile ba re o sa le monyenyane. Ho e-na le hore a nyahame kapa a koate, Ricardo o ile a eketsa nako eo a e qetang a le tšebeletsong ea tšimo. O re: “Ha ke hetla morao, kea bona hore ho ne ho loketse hore ke ntlafatse. Ke ne ke etsa bonnete ba hore ke khutlela ho batho bohle ba bontšitseng thahasello hape ke ne ke lokisetsa hantle. Ke ile ka ba ka khona ho ba le thuto ea Bibele. Ha ke ntse ke e-ba le boiphihlelo boboleling, ke ile ka ba sebete le ho feta.” Hona joale Mor’abo rona Ricardo ke pula-maliboho ea kamehla ebile ke mohlanka ea sebeletsang.
10 Ak’u nahane hape ka ntho e ’ngoe e ileng ea etsahala bophelong ba Davida. Ha Davida le banna bao a neng a e-na le bona ba ntse ba le palehong, ba ile ba siea malapa a bona e le hore ba ee ntoeng. Ha ba ntse ba le ntoeng, lira tsa bona li ile tsa hlasela malapa a bona ’me tsa a isa botlamuoeng. Kaha Davida o ile a loana lintoa tse ngata, o ne a ka ’na a nahana hore ho ka ba bonolo feela hore a pholose malapa a bona. Ho e-na le hoo, o ile a kopa hore Jehova a mo thuse. A thusoa ke moprista Abiathare, Davida o ile a botsa Jehova a re: “Na ke lelekise sehlopha see sa bafutuhi?” Jehova o ile a bolella Davida hore a ba lelekise ’me a mo tšepisa hore o tla ba hlola. (1 Sam. 30:7-10) U ka ithuta’ng tlalehong ee?
11 Kopa keletso pele u ka etsa liqeto. Bua le batsoali ba hao. U ka boela oa fumana keletso e molemo ka hore u bue le baholo ba nang le boiphihlelo. Kaha Jehova o tšepa banna bao, le uena u ka ba tšepa. Jehova o ba nka e le “limpho” tsa phutheho. (Baef. 4:8) U tla rua molemo ha u etsisa tumelo ea bona ’me u mamela likeletso tseo ba u fang tsona. Hajoale a re boneng hore na re ka ithuta’ng ho Morena Asa.
KHAOLO EA 24
O Ile a Kokobetsa Boemo bo Kotsi
O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
6 Kajeno batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha mosali eo ea bohlale a ile a nyaloa ke monna ea se nang thuso joalo. Hopola hore manyalo a mangata a mehleng ea Bibele a ne a reroa ke batsoali. Esita le ha ba ne ba sa rera, ho ne ho ntse ho hlokahala hore batsoali ba lumellane le lenyalo leo. Na ebe batsoali ba Abigaile ba ile ba ratela morali oa bona Nabale ba ba ba rera lenyalo la bona hobane ba ne ba khahluoe ke maruo le botumo ba hae? Kapa na ebe ba ne ba qobeletsoe ke bofuma? Mohlomong ho joalo, empa chelete ha ea ka ea etsa hore Nabale e be monna oa ’makhonthe.
Mosali ea Masene o Qoba Koluoa
Ho sa le joalo, ho kutoa ha linku ho ne ho qalile Karmele. Ena e ne e le ketsahalo e ketekeloang, e tšoanang le nako ea kotulo ho sehoai. Hape e ne e le nako ea ho fana ka seatla se bulehileng, ha beng ba linku ba ne ba putsa ba ba sebelelitseng. Ka hona Davida o ne a sa tlole meeli ha a ne a roma banna ba leshome motseng oa Karmele ho ea kopa lijo ho Nabale, e le puseletso bakeng sa tšebeletso eo ba e entseng molemong oa mehlape ea hae.—1 Samuele 25:4-9.
O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
9 Nabale o ne a lula Maone empa o ne a sebetsa haufi le Karmele ’me ho bonahala a ne a e-na le tšimo moo. Metse eo e ne e le lihlabeng tse makhulo a matala a neng a le matle bakeng sa mehlape ea linku ’me Nabale o ne a e-na le tse 3 000. Leha ho le joalo, libaka tse ling e ne e le lefeella. Ka boroa ho ne ho e-na le lehoatata le sabaletseng la Parane. Ka bochabela, e ne e le tsela e eang Leoatleng la Letsoai e fetang har’a naha e itjang feela e tletseng likhohlo le mahaha. Davida le banna ba hae ba ne ba ikhoantlella libakeng tseo ’me ha ho potang hore ba ne ba tsoma e le hore ba fumane lijo ebile ba ne ba mamella mathata a mangata. Ba ne ba atisa ho kopana le balisana ba neng ba sebeletsa Nabale oa morui.
10 Masole ao a neng a sebetsa ka thata a ile a tšoara balisana joang? Ho ne ho ka ba bonolo hore a lule a utsoa linku tsa Nabale, empa ha aa ka a etsa joalo. Ho e-na le hoo, a ile a e-ba joaloka lerako le neng le sirelelitse mehlape ea Nabale le bahlanka ba hae. (Bala 1 Samuele 25:15, 16.) Balisa hammoho le linku ba ne ba ka hlaheloa ke likotsi tse ngata. Ho ne ho e-na le libata tse ngata ’me moeli o ka boroa oa Iseraele o ne o le haufi haholo hoo lihlopha tsa masholu tse tsoang linaheng tse ling li neng li atisa ho hlasela.
it “Bophelo” ¶45
Bophelo
‘Mokotla oa Bophelo.’ Abigaile o ile a leka ho thiba Davida nakong eo a neng a leka ho iphetetsa ho Nabale, ’me ka ho etsa joalo o ile a thusa Davida hore a se ke a ba le molato oa mali. O ile a re ho Davida: “Ha motho a u lelekisa ’me a batla ho u bolaea, bophelo ba hao moren’a ka bo tla lula bo sireletsehile ka mokotleng oa bophelo o ho Jehova Molimo oa hao empa o tla lahla bophelo ba lira tsa hao joaloka majoe a tsoang letjeketjaneng.” (1Sa 25:29-33) Feela joalokaha motho a phuthela ntho ea bohlokoa e le hore a e boloke hantle le ho e sireletsa, Jehova o ne a tla etsa ntho e tšoanang ka bophelo ba Davida ka hore a boloke bophelo ba hae le ho bo sireletsa khahlanong le lira tsa hae, hafeela Davida a ne a ke ke a itoanela empa a lule a letetse Jehova. Leha ho le joalo, lira tsa Davida tsona, Jehova o ne a tla felisa.
“Temohisiso ea Motho e Liehisa Bohale ba Hae”
Mokoetlisi o lelekoa mosebetsing ka lebaka la ho ba bohale.
Ngoana oa ithaburanya ha a khalemeloa.
’Mè o tjolietsana le mora oa hae hobane a sa hloekisa kamore.
KAOFELA ha rona re kile ra bona motho ea halefileng, ebile ha ho potang hore re kile ra loloma ke bohale. Le hoja e ka ’na eaba re lumela hore ho halefa ha hoa loka le hore re lokela ho ithiba hore re se ke ra halefa, hangata re ee re nke hore re na le lebaka le utloahalang la ho koata, haholo ha ho bonahala eka motho e mong oa re tella. Sehlooho se seng se ngotsoeng ke mokhatlo o bitsoang American Psychological Association se re: “Ho koata ke ntho e tloaelehileng, ho thusa motho ho phela hantle ebile ke boikutlo ba botho.”
Pono e joalo e ka ’na ea bonahala e utloahala ha re nahana ka seo moapostola Pauluse a ileng a se bua a le tlas’a pululelo. O ile a lumela hore ka linako tse ling motho a ka ’na a halefa, ’me a re: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile.” (Baefese 4:26) Na tumellanong le temana ee, re lokela ho halefa le feela kapa re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ithiba?
NA U LOKELA HO HALEFA?
Ha Pauluse a ne a fana ka keletso eo e mabapi le ho halefa, ho totobetse hore o ne a nahanne ka mantsoe a mopesaleme ea ileng a re: “Halefang, empa le se ke la etsa sebe.” (Pesaleme ea 4:4) Joale re ka re ke hobane’ng ha Pauluse a ile a fana ka keletso ee e bululetsoeng? O ile a tsoela pele ho re: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lona hammoho le bobe bohle.” (Baefese 4:31) Ha e le hantle Pauluse o ne a khothalletsa Bakreste hore ba ithibe hore ba se ke ba halefa. Ho thahasellisang ke hore sehlooho sa American Psychological Association seo re buileng ka sona pejana, se tsoela pele ho re: “Lipatlisiso li bontša hore ‘ho inehella’ ho koata ho fella ka ho halefa kapa ho ba mabifi ’me ha ho thuse ka letho . . . ebile ha ho rarolle bothata.”
Joale, ke joang re ka ‘tlosang’ khalefo hammoho le liphello tsa eona tse mpe? Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo o ile a re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlolo ke botle ho eena.” (Liproverbia 19:11) “Temohisiso ea motho” e mo thusa joang ha a tlallana ke bohale?
KAMOO KUTLOISISO E LIEHISANG BOHALE
Kutloisiso ke bokhoni ba ho bona taba ka ho hlaka. Ho ba le kutloisiso ho bolela ho bona lintlha tse ling tse poteletseng mabapi le taba e itseng. Seo se ka re thusa joang ha ba bang ba re khopisa kapa ba re halefisa?
Ha re bona ho hloka toka, re ka ’na ra fela pelo. Leha ho le joalo, haeba re nkoa ke maikutlo kapa re betoa ke pelo, re ka ’na ra intša kotsi kapa ra utloisa ba bang bohloko. Feela joalokaha mollo o sa laoloeng o ka chesa ntlo lore! ho tuka ke bohale ho ka re hlokisa seriti ha ba ha senya kamano ea rona le ba bang kapa le Molimo. Ka hona, ha re utloa re tlallana ke bohale, e ka ba hantle hore re nahanisise lintho ka hloko. Ho bona litaba ka mahlakore ’ohle ho tla re thusa ho laola maikutlo.
Ho ne ho sale hanyane Morena Davida e leng ntate oa Solomone a bolaea monna ea bitsoang Nabale hoja a se ke a thusoa hore a bone lintho hantle. Davida le banna ba hae ba ile ba sireletsa linku tsa Nabale tse neng li le lehoatateng la Juda. Ha Nabale a ntse a kuta linku, Davida o ile a kopa hore a mo fe lijo. Nabale o ile a araba ka ho re: “Na ke lokela ho nka bohobe ba ka le metsi a ka le nama ea ka e hlabiloeng eo ke e hlabetseng bakuti ba ka ’me ke e fe banna bao ke sa tsebeng le hore na ba tsoa hokae?” Hoo e ne e le tlhapa ruri! Ha Davida a utloa mantsoe ao, o ile a tloha le banna ba hae ba 400, ba ikemiselitse ho ea bolaea Nabale le ba ntlo ea hae.—1 Samuele 25:4-13.
Mosali oa Nabale e leng Abigaile, o ile a utloa ka taba eo ’me a tsoa ho ea khahlanyetsa Davida. Ha a kopana le Davida le banna ba hae, o ile a itihela maotong a hae ’me a re: “Ka kopo, e re lekhabunyane la hao le bue moo u ntseng u utloa, ’me u mamele mantsoe a lekhabunyane la hao.” Ka mor’a moo o ile a hlalosetsa Davida hore Nabale o bile booatla ’me a boela a bontša Davida hore o ne a tla itšola haeba a ne a iphetetsa ’me a tšolla mali.—1 Samuele 25:24-31.
Davida o ile a ithuta’ng mantsoeng a Abigaile e ileng ea mo thusa ho rarolla bothata boo? Ntho ea pele, o ile a hlokomela hore Nabale ha a na kelello ka tlhaho, ea bobeli, Davida o ile a bona hore a ka ’na a bolaea haeba a ka iphetetsa. Joaloka Davida, u ka ’na oa halefisoa ke ntho e itseng. U lokela ho etsa’ng? Sehlooho se ngotsoeng ke Mayo Clinic se re: “Khoba matšoafo ka hore u heme ka matla ka makhetlo a leshome.” Ema hanyane ’me u nahane ka sesosa sa bothata ba hao le ka liphello tsa seo u nahanang ho se etsa. Lumella hore kutloisiso e etse hore u liehe ho halefa kapa hore u se ke oa halefa ho hang.—1 Samuele 25:32-35.
Ka tsela e tšoanang, kajeno ho na le batho ba bangata ba thusitsoeng ho laola khalefo. Sebastian o ile a hlalosa hore ha a sa le lilemo li 23 ’me e le motšoaruoa naheng ea Poland, ho ithuta Bibele ho ile ha mo thusa ho laola khalefo le ho koata. O ile a re, “Ntho ea pele, ke nahana ka sesosa sa bothata ba ka. Ebe ke leka ho sebelisa keletso ea Bibele. Ke ithutile hore keletso ea Bibele e tsoa pele.”
Setsuo le eena o etsa se tšoanang. O re: “Ke ne ke tloaetse ho khahlapetsa basebetsi-’moho le ’na ha ba ntena. Kaha ke se ke ithutile Bibele, ho e-na le ho halefa ke qala ka ho ipotsa: ‘Ha e le hantle ke mang ea molato? Na ha se ’na ea bakang bothata?’” Ho nahana ka lipotso tse kang tseo ho etsa hore a liehe ho halefa, ’me seo se mo thusitse ho ithiba ha a tlallana ke khalefo.
Boikutlo ba khalefo bo ka ba matla, empa keletso e fumanoang ka Bibeleng e matla le ho feta. Ka ho sebelisa keletso ea Bibele e bohlale le ka ho rapela Molimo hore a u thuse, u ka lumella kutloisiso hore e etse hore u liehe ho halefa kapa u laole khalefo.
KHAOLO EA 25
O Ile a ba le Sebete sa ho Etsa Ntho e Nepahetseng
it “Abishai” ¶3-5
Abishai
Abishai o ne a etella pele banna ba 30 ba matla ba sesole sa Davida. O ile a ipabola ka bokhoni ba hae ntoeng ho feta banna bana kaofela. O ne a e-na le botumo bo botle ho feta banna ba bararo ba Davida ba matla ka ho fetisisa, kaha o ne a ile a bolaea banna ba 300 ba lireng a le mong, leha ho le joalo, o ne a sa fete banna bane ba bararo ba pele.—2Sa 23:18, 19.
Abishai o ne a lula a tšehetsa rangoane oa hae Davida ka botšepehi lintoeng tsa hae. Leha ho le joalo, o ne a lula a etsa lintho ka lepotlapotla a bile a se na mohau ebile o ne a hloka ho thijoa hangata. Ka mohlala, ha Davida le Abishai ba ne ba ile litenteng tsa masole a Saule bosiung bo bong a ka be a ile a bolaea Saule, eo e neng e le “motlotsuoa oa Jehova” ka lerumo leo a neng a le hlomme fatše pel’a hlooho ea hae, hoja ebe Davida ha aa ka a mo thiba. (1Sa 26:6-9) Nakong eo Absalome a neng a fetohela Davida, Abishai o ile a boela a tlameha ho thijoa ka makhetlo a mabeli, e le hore a se ke a bolaea Shimei ha a ntse a rohaka morena. Leha ho le joalo, Davida ha aa ka a khona ho thibela Abishai ho bolaea Abnere.—2Sa 3:30; 16:9-11; 19:21-23.
Abishai o ile a boela a tuma ka lebaka la ho etella pele masole a ileng a hlola Baedomo ba 18 000 le ho etella pele masole a ileng a hlola Baamone. O ile a boela a kenya letsoho ho felisa borabele ba Sheba, Mobenjamine ea se nang thuso. Ntoeng ea ho qetela eo Davida a ileng a e loana e tlalehiloeng ka Bibeleng, hoja ebe Abishai ha aa ka a mo thusa, a ka be a ile a shoa a bolaoa ke Mofilista e mong oa senatla.—1Kr 18:12; 19:11-15; 2Sa 20:1, 6; 21:15-17.
it “Nonyana ea Naheng” ¶4
Nonyana ea Naheng
Nonyana ea naheng e ne e le nyenyane, ’me mehleng ea boholo-holo batho ba ne ba e tšoasa ebe baa e ja. Hangata batšoasi ba ne ba betsa nonyana ena ka lithupa, ebe e oela fatše. Nonyana ena e ne e itšireletsa ka ho matha le ho ipata ka mor’a mafika le eng kapa eng e neng e ka e sireletsa, hape e ne e batla libaka tseo e ka ipatang ho tsona mapatsong a mafika le libakeng tse ling tse patehileng. Kahoo Davida o ile a itšoantša le “nonyana ea naheng lithabeng” kaha le eena o ne a balehela libakeng tse sa tšoaneng ha a ntse a baleha Morena Saule.—1Sa 26:20; bapisa le Lil 3:52.
Na u Ikemiselitse ho Leta u sa Fele Pelo?
14 Morena Davida le eena o ile a tšoaroa ka leeme ka makhetlo. Le hoja a ne a tlotselitsoe ho ba morena Iseraele, o ile a tlameha ho ema lilemo tse ka bang 15 pele a ka qala ho busa. (2 Sam. 2:3, 4) Ka nako eo, Morena Saule o ne a mo lelekisa a batla ho mo bolaea. Kahoo, Davida e ile ea e-ba mophaphathehi. Ka linako tse ling o ne a lula mahaheng. Esita le ka mor’a hore Saule a bolaoe ntoeng, Davida o ile a lokela ho ema lilemo tse supileng hape pele e ka ba morena oa Iseraele.—2 Sam. 5:4, 5.
15 Ke hobane’ng ha Davida a ne a ikemiselitse ho leta a sa fele pelo? O fana ka karabo hona pesalemeng eo ho eona a ileng a re: “Halelele hakae?” O ile a re: “Ha e le ’na, ke tšepile mosa oa hao o lerato; Pelo ea ka e ke e thabele poloko ea hao. Ke tla binela Jehova, etsoe o sebetsane le ’na ka mokhoa o putsang.” (Pes. 13:5, 6) Davida o ne a tseba hore Jehova oa mo rata ’me a ke ke a mo lahla. O ile a letela hore Jehova a mo lopolle ’me a nahana ka linako tseo Jehova a ileng a mo thusa. O ne a tseba hore ha a itšenyetse nako ka ho letela Jehova.
Ananela Bacha ba ka Phuthehong
8 Morena Davida le eena ke mohlala o motle oa motho ea neng a inyenyefalitse. O ne a batla ho hahela Jehova ntlo ka pelo ea hae eohle. Leha ho le joalo, ha Jehova a mo bolella hore mosebetsi oo o ne o tla etsoa ke Solomone ea neng a ntse a le mocha, Davida o ile a amohela qeto ea Jehova ’me a tšehetsa mosebetsi oo oa ho haha kahohle-hohle. (1 Likron. 17:4; 22:5) Davida ha aa ka a nahana hore ke eena ea neng a tšoaneleha ho etsa mosebetsi ona hobane Solomone a ne a le mocha ebile a se na boiphihlelo. (1 Likron. 29:1) Davida o ne a tseba hore tempele e ne e tla hahuoa hobane Jehova a hlohonolofalitse mosebetsi oo e seng ka lebaka la lilemo kapa boiphihlelo ba ba etellang pele. Batho ba holileng mehleng ena ba etsisa Davida ka hore ba sebetse ka thata esita le ha ba fumana mesebetsi e fapaneng mokhatlong oa Molimo. Baa tseba hore Jehova o tla hlohonolofatsa bacha ba etsang mosebetsi oo ba neng ba o etsa pele.
Likarete tsa Bibele tse websaeteng
Morena Saule
KARETE EA BIBELE EA 41
LI BOKELLENG ’ME LE ITHUTE | KARETE EA BIBELE
MORENA SAULE
PALE EA HAE EA BOPHELO E ne e le morena oa pele oa Iseraele. Qalong, Saule o ne a ikokobelitse empa hamorao a qala ho ikhohomosa eaba Jehova oa mo lahla. Saule o ile a tsoma Davida eo e neng e se e le mohlabani ea matla, e le hore a mo bolaee. Leha ho le joalo, Jehova o ile a sireletsa Davida ’me Saule o ile a qetella a shoele ha a ne a loana le Bafilista.—1 Samuele 31:1-4.
LIPOTSO
A. Ke mora ofe oa Saule eo e ileng ea e-ba motsoalle oa Davida oa hlooho ea khomo?—1 Samuele 18:1.
B. Moprofeta Samuele o ile a re ho Saule: “Ho ________ ho molemo ho feta sehlabelo.”—1 Samuele 15:22.
C. ’Nete kapa bohata? Saule e ne e le monna ea botsoa le ea fokolang.—2 Samuele 1:23.
LIKARABO
A. Jonathane.
B. Mamela.
C. Bohata. Ka Bibeleng, Saule o tšoantšoa le lintsu le litau.
[Nako]
4026 B.C.E. Adama oa boptjoa
O phetse lilemong tsa bo-1100 B.C.E.
Selemo sa 1 C.E.
Ka bo-98 C.E. Buka ea ho qetela ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
O ile a tsoma Davida Rama, Keila, lefeelleng la Zife, lefeelleng la Maone le Ene-gedi
Rama
Jerusalema
Keila
Zife
Maone
Ene-gedi
KHAOLO EA 26
O Ile a Khalemela Morena
Nathane—O Ile a Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Botšepehi
Hangata batho ba lumela hore Nathane le Gade ke bona ba ngotseng 1 Samuele khaolo ea 25 ho ea ho ea 31 hammoho le buka eohle ea 2 Samuele. Mabapi le histori e bululetsoeng e tlalehiloeng libukeng tseo, Bibele e re: “Ha e le litaba tsa Morena Davida, tsa pele le tsa ho qetela, li ngotsoe har’a mantsoe a Samuele seboni le har’a mantsoe a moprofeta Nathane le har’a mantsoe a Gade ea bonang lipono.” (1 Likron. 29:29) Bibele e boetse e re Nathane o ngotse tlaleho e mabapi le ‘litaba tsa Solomone.’ (2 Likron. 9:29) E ka ’na eaba sena se bolela hore Nathane o ile a tsoela pele a sebeletsa ntlong ea borena esita leha Davida a se a shoele.
Ho ka ’na ha etsahala hore ebe lintho tse ngata tseo re li tsebang ka Nathane li ngotsoe ke eena ka seqo. Leha ho le joalo, taba ea hore ho na le lintho tseo a sa reng letho ka tsona, e re ruta lintho tse ngata ka eena. Ho hlakile hore Nathane e ne e le rahistori ea ikokobelitseng. E ne e se motho ea ratang ho hlahella, ea batlang ho iketsetsa lebitso. Dikishinari e ’ngoe ea Bibele e re, “ha ho boleloe hore na ke mang le hore na ke oa leloko lefe.” Ha re tsebe letho ka baholo-holo ba Nathane kapa bophelo ba hae.
Na u ne u Tseba?
Ke hobane’ng ha balichaba e ne e le karolo ea sesole sa Morena Davida?
SESOLENG sa Morena Davida, ho ne ho e-na le banna bao e neng e se Baiseraele ba kang Zeleke oa Moamone, Uria oa Mohethe le Ithma oa Momoabe. (1 Likron. 11:39, 41, 46) Har’a masole a Davida ho ne ho boetse ho e-na le ‘Bakerethe, Bapelethe le Bagathe.’ (2 Sam. 15:18) Ho bonahala eka Bakerethe le Bapelethe ba ne ba amana haholo le Bafilista. (Ezek. 25:16) Bagathe e ne e le baahi ba motse oa Bafilista o bitsoang Gathe.—Josh. 13:2, 3; 1 Sam. 6:17, 18.
Ke hobane’ng ha Davida a ile a lumella balichaba baa hore e be masole a hae? Ke hobane o ne a kholisehile hore baa mo tšepahalla le hore haholo-holo ba tšepahalla Jehova. Ka mohlala, The New Interpreter’s Dictionary of the Bible ha e bua ka Bakerethe le Bapelethe e re: “Ba ile ba tšepahalla Davida nakong e thata ka ho fetisisa ea puso ea hae.” Ba ile ba bontša joang hore baa mo tšepahalla? Ha “banna bohle ba Iseraele” ba tlohela ho latela Morena Davida ’me ba latela “monna ea neng a le likhathatso eo lebitso la hae e leng Sheba,” Bakerethe le Bapelethe ba ile ba lula ba tšepahalla Davida ’me ba mo thusa ho loantša borabele ba Sheba. (2 Sam. 20:1, 2, 7) Ka lekhetlo le leng, mora oa Morena Davida ea bitsoang Adonija o ile a leka ho inkela borena boo e neng e tla ba ba Solomone. Leha ho le joalo, Bakerethe le Bapelethe ba ile ba lula ba tšepahalla Davida ’me ba mo thusa ho hlomamisa Solomone e le mohlahlami oa hae hobane e ne e le eena eo Jehova a mo khethileng.—1 Mar. 1:24-27, 38, 39.
Molichaba e mong ea ileng a lula a tšepahalla Davida haholo ke Itai oa Mogathe. Itai le masole a hae a 600 ba ile ba thusa Morena Davida ha mora oa hae Absalome a ne a leka ho etsa hore banna ba Iseraele ba mo thuse ho inkela borena ka mahahapa. Qalong, Davida o ile a re Itai a se ke a ea le eena ntoeng hobane e ne e le molichaba. Empa Itai o ile a re: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang le ka moren’a ka ea phelang hore ’na mohlanka oa hao ke tla ea hohle moo u eang teng moren’a ka ’me ke ikemiselitse ho shoa le uena.”—2 Sam. 15:6, 18-21.
Le hoja Bakerethe, Bapelethe le Bagathe e ne e le balichaba, ba ne ba nka Jehova e le Molimo oa ’nete ’me ba nka Davida e le motlotsuoa oa Jehova. E tlameha ebe Davida o ne a ananela haholo taba ea hore ebe o na le banna ba tšepahalang hakaalo ka lehlakoreng la hae.
[Naletsana]
Molao oa Molimo o fumanehang ho Deuteronoma 23:3-6 o ne o thibela Baamone le Bamoabe hore e be karolo ea phutheho ea Iseraele. Leha ho le joalo, ho bonahala eka molao ona o ne o thibela balichaba bana ho ba le litokelo tsohle tsa molao tseo baahi ba nang le tsona empa o ne o sa ba thibele hore ba lule le sechaba sa Molimo. Sheba buka ea Insight on the Scriptures, Volume 1, leq. 95.
it “Davida” ¶29
Davida
Ho ile ha fela ha etsahala joalo. Ngoana eo Davida a ileng a ba le eena le Bathe-sheba ka bofebe o ile a shoa, le hoja Davida a ile a mo rapella, a itima lijo a ba a mo llela ka matsatsi a supileng ha a ntse a kula. (2Sa 12:15-23) Ka mor’a moo, mora oa Davida oa pele e leng Amnone o ile a beta khaitseli ea hae Tamare. Ka lebaka leo, abuti oa hae Absalome o ile a mo bolaea ’me taba ena e ile ea utloisa ntate oa hae Davida bohloko bo otlang pelo. (2Sa 13:1-33) Lilemo hamorao, Absalome o ile a leka ho nkela ntate oa hae borena. Ha aa ka a fella moo, o ile a tlotlolla ntate oa hae ka ho robala le lirethe tsa hae moo batho bohle ba ntseng ba mo bona. (2Sa 15:1–16:22) Qetellong, tlotlollo eo e ile ea fela ha naha e loana ntoa e pakeng tsa mora ea khahlanong le ntate oa hae, moo qetellong Absalome a ileng a shoa e leng seo Davida a neng a sa batle hore se etsahale. Davida o ile a bokolla haholo hobane o ne a utloile bohloko. (2Sa 17:1–18:33) Nakong eo Davida a ntseng a baleha Absalome o ile a ngola Pesaleme ea Boraro, moo a ileng a re: “Jehova ke eena ea pholosang.”—Ps 3:8.
Nathane—O Ile a Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Botšepehi
Nathane o ne a tseba hore Solomone o ne a lokela ho hlahlama morena Davida ea neng a se a tsofetse. Kahoo, ha Adonija a ne a leka ho nka borena ka likhoka nakong ea ha Davida a ntse a felloa ke matla, Nathane o ile a nka bohato ka potlako. Nathane o ile a boela a bontša masene le botšepehi. O ile a qala ka ho khothalletsa Bathe-sheba hore a hopotse Davida tšepiso ea hae e hlapanyelitsoeng ea hore mor’a bona Solomone e ne e tla ba morena. Ka mor’a moo, Nathane o ile a ea ho morena Davida ho mo botsa hore na ke eena ea lumeletseng Adonija hore a mo hlahlame boreneng. Ha morena eo ea seng a ile lilemong a hlokomela kamoo boemo boo bo neng bo tebile kateng, o ile a laela Nathane le bahlanka ba bang ba tšepahalang hore ba tlotse Solomone ’me ho phatlalatsoe hore ke morena. Morero oa Adonija oa ho inkela puso ka likhoka o ile oa nyopa.—1 Mar. 1:5-53.
Lihlooho tse websaeteng “Tsa Bacha”
Mamela ha u Khalemeloa
TSA BACHA
Mamela ha u Khalemeloa Davida le Bathe-sheba—Karolo ea 2
Litaelo: Balla mangolo ana sebakeng se khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nahana eka u mametse ha batho bao ba bua. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Nahana ka ketsahalo ena ka tsela ea sebele.
Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Davida le Nathane
Kakaretso: Davida o tšoaretsoe sebe se tebileng empa o tlameha ho khola litholoana tse bosula.
1 NAHANA KA KETSAHALO ENA.—BALA 2 SAMUELE 12:1-24.
Hlalosa hore na u nahana hore Nathane e ne e le motho oa mofuta ofe.
U nahana hore Nathane o ne a bua ka tsela efe ha a etsa papiso ea monna ea futsanehileng le konyana?
U nahana hore Nathane o ile a bua joang ha a hlakisa se boleloang ke papiso ea hae temaneng ea 7-9?
2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.
E ka ’na eaba ke hobane’ng ha ho ile ha e-ba thata hore Nathane a il’o bua le Davida?
U nahana hore ke hobane’ng ha Nathane a ile a sebelisa papiso ee ha a buisana le Davida?
Nathane o ile a etsa joang hore a thuse Davida hore a etse se nepahetseng, ’me ke hobane’ng ha tsela eo a ileng a buisana le eena ka eona e ne e le molemo ho feta ho mo qobella hore a bolele libe tsa hae?
Ho ka ’na ha bonahala eka Jehova o ile a potlakela ho tšoarela Davida. (Bala temana ea 13 hape.) Empa ke’ng eo Jehova a khonang ho e bona ho batho ba bang eo rona re ke keng ra khona ho e bona?
U nahana hore ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore Davida a fumane liphello tse bohloko? (Bala temana ea 10-12, 14 hape.)
3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA.
Ngola seo u ithutileng sona ka . . .
Bohlokoa ba ho ikokobetsa.
Liphello tsa sebe.
Mosa oa Jehova.
4 IPOTSE.
Ke maemong afe moo ke ileng ka eletsoa kapa ka khalemeloa ho ’ona?
Nka etsa joang hore ke ntlafatse tsela eo ke itšoarang ka eona ha ke khalemeloa?
Ke hobane’ng ha ho eletsoa le ho khalemeloa e le pontšo ea hore Jehova oa nthata? (NTLHA E THUSANG: Bala Baheberu 12:5, 6.)
Ke thuto efe ea bohlokoa haholo ho uena tlalehong ee, hona hobane’ng?
Tlhahiso: Nahana hore na ho ka be ho ile ha e-ba joang hoja Davida o ile a etsa lintho ka tsela e fapaneng le eo a ileng a li etsa ka eona. Ngola hore na ho ka be ho ile ha etsahala’ng hoja a ile a hana ho amohela phoso ea hae, esita le ho batla ho ahlola Nathane. Seo se ka be se ile sa ama kahlolo eo Jehova a ileng a mo fa eona joang?
KHAOLO EA 27
Ha aa ka a Koata ha a Tšoaroa Hampe
it “Makire” No. 2
Makire
2. E ne e le mora oa Amiele (ea lulang Lo-debare), o ne a lula le Mefiboshethe mora oa Jonathane pele Davida a romela molaetsa oa hore a bitsoe ’me a mo lokisetsa hore a hlokomeloe. (2Sa 9:4-7, 13) Hamorao, ha Absalome a fetohela Morena Davida, Makire e ne e le e mong oa batho ba ileng ba isetsa morena le bahlanka ba hae lijo le lintho tse ling tseo ba neng ba li hloka.—2Sa 17:27-29.
it “Ntja” ¶5
Ntja
Mehleng ea Bibele batho ba ne ba sa rate lintja hobane li le hlaha ebile li tsamaea li ja hohle. Mehlala e latelang, e tl’o re bontša hore na ba ne ba e-na le boikutlo bofe ka lintja. Goliathe o ile a re ho Davida: “Na ke ntja?”, hobane Davida a ne a tlile ho eena ka molamu. (1Sa 17:43) Davida o ile a botsa Morena Saule: “O lelekisa mang? Ntja e shoeleng?” e le ha a hlalosa hore ke motho feela ’me a ke ke a mo ntša kotsi, feela joalokaha ntja e shoeleng e ke ke ea mo ntša kotsi. (1Sa 24:14) Ka tsela e tšoanang, ha Mefiboshethe mora oa Jonathane a ne a bua le Morena Davida, o ile a ipapisa le “ntja e shoeleng,” a hlalosa boemo ba hae bo fatše. (2Sa 9:8; sheba le 2Sa 3:8; 16:9; 2Ma 8:13.) Moprofeta Esaia o ile a tšoantša balisa ba Bajuda le lintja tse sa khoneng ho bua, tse botsoa, tse batlang ho khotsofatsa litakatso tsa tsona empa ho se na letho leo li ka le etsang ha kotsi e hlaha. (Esa 56:10, 11) Lira tsa bahlanka ba Jehovah le batho ba lichaba ba ne ba tšoantšoa le lintja. (Ps 22:16, 20; 59:6, 14; Mat 15:26, 27; sheba SYROPHOENICIAN.) Jesu Kreste o ile a bapisa batho ba sa ananeleng molaetsa oa Molimo le lintja. O ile a re: “Le se ke la fa lintja lintho tse halalelang.”—Mat 7:6.
w02 2/15 14 ¶11, nal.
Ba Ile ba Loana le Meutloa Nameng ea Bona
11 Hamorao, ho ile ha hlokahala hore Mefiboshethe a tobane le moutloa o mong nameng ea hae. Mohlanka oa hae, Tsiba, o ile a mo etselletsa ho Morena Davida, eo ka nako eo a neng a baleha Jerusalema ka lebaka la borabele ba mora oa Davida, Absalome. Tsiba o ile a re Mefiboshethe o setse Jerusalema ka bolotsana ka tšepo ea ho ikhapela borena. Davida o ile a kholoa liketselletso tsa Tsiba eaba o fa raleshano eo thepa eohle ea Mefiboshethe!—2 Samuele 16:1-4.
[Naletsana]
Monna ea nang le kananelo le ea ikokobelitseng joaloka Mefiboshethe o ne a ke ke a loha leano le joalo la boiphahamiso. Ha ho pelaelo hore o ne a tseba hantle tlaleho ea botšepehi ba ntat’ae Jonathane. Le hoja Jonathane e ne e le mora oa Morena Saule, ka boikokobetso o ile a nka hore Davida ke eena eo Jehova a mo khethileng hore e be morena oa Iseraele. (1 Samuele 20:12-17) Kaha e ne e le motsoali ea tšabang Molimo oa Mefiboshethe le motsoalle ea tšepahalang oa Davida, Jonathane o ne a ke ke a ruta mora oa hae e monyenyane hore a hahamalle borena.
it “Mefiboshethe” No. 2 ¶3
Mefiboshethe
Nakong eo Bagibeone ba neng ba batla ho bolaea bana bohle ba Saule e le ho iphetetsa hobane Saule a ne a lekile ho bolaea Bagibeone, Davida o ile a hauhela Mefiboshethe eaba oa mo pholosa hobane o ile a hopola kano eo a ileng a e etsa le Jonathane ka pel’a Jehova. (2Sa 21:7, 8) Mangolo ha a re bolelle litaba tse ling ka Mefiboshethe. Leha ho le joalo, lelapa la Saule le ile la tsoela pele ho ata ’me ha e-ba le meloko e meng e mengata ka mor’a hae hobane Mefiboshethe o ile a ba le mora ea bitsoang Mika (Mikea). (2Sa 9:12; 1Kr 9:39-44) Ho bonahala eka Mefiboshethe o ne a e-na le lebitso le leng, e leng Meribe-baale. Lebitso lena le hlaha ho 1 Likronike 8:34 le 9:40.
Na u se u Kile oa Ikutloa u le Mokhelo?
Ruta Bana ba Hao
MOKHELO ke motho eo batho ba bang ba sa mo amoheleng sehlopheng sa bona. Mohlomong hobane a fapane le bona ka lebala kapa e le oa morabe o mong, kapa a bua le ho etsa lintho ka tsela e fapaneng le ea bona. Na u ke u ikutloe u le mokhelo?
A re ke re bue ka motho e mong ea ileng a ikutloa joalo. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshethe. A re ke re ithute hore na e ne e le mang le hore na ke hobane’ng ha a ne a ikutloa ka tsela eo. Haeba ho na le mohla u eeng u ikutloe u le mokhelo, u ka ithuta ho hongata ho Mefiboshethe.
Mefiboshethe e ne e le mora oa Jonathane, motsoalle e moholo oa Davida. Pele Jonathane a bolaeloa ntoeng, o ile a re ho Davida: ‘U hlokomele bana ba ka.’ Davida e ile ea e-ba morena. Lilemo tse ’maloa ka mor’a moo o ile a hopola mantsoe a Jonathane ’me Mefiboshethe o ne a ntse a phela. Ha a sa le monyenyane, o ile a hlaheloa ke kotsi e mpe. O ne a ke ke a hlola a khona ho tsamaea hantle bophelo bohle ba hae. Na oa bona hore na ke hobane’ng ha e ka ’na eaba o ne a ikutloa e le mokhelo?
Davida o ne a batla ho hlokomela mora oa Jonathane. Ka hona, o ile a lokisetsa hore Mefiboshethe a be le lehae haufi le eena Jerusalema, a ba a mo fa sebaka tafoleng e le hore a je le eena kamehla. Mefiboshethe o ile a fuoa Tsiba le bara ba hae le bahlanka ba hae hore ba mo sebeletse. Ka sebele Davida o ile a tlotla mora eo oa Jonathane! Na oa tseba hore ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo?
Davida o ile a ba le mathata lapeng la hae. E mong oa bara ba hae ea bitsoang Absalome o ile a mo fetohela ’me a leka ho iketsa morena. Davida o ile a tlameha ho baleha. Ha ba bang ba bangata ba tsamaea le Davida, Mefiboshethe le eena o ne a batla ho tsamaea le bona. Metsoalle ena ea Davida e ne e tseba hore ke eena morena ea loketseng. Empa Mefiboshethe o ile a hloleha ho tsamaea hobane o ne a sa khone ho tsamaea hantle.
Joale Tsiba o ile a bolella Davida hore Mefiboshethe o setse hobane ha e le hantle o batla ho ba morena. Davida o ile a lumela leshano leo! Kahoo o ile a fa Tsiba thepa eohle ea Mefiboshethe. Ho e-s’o ee kae Davida o ile a hlola Absalome ’me a khutlela Jerusalema. Joale eaba ke hona Davida a utloang litaba ka lehlakoreng la Mefiboshethe. Davida o ile a etsa qeto ea hore Mefiboshethe le Tsiba ba arolelane thepa ka lehare. U nahana hore Mefiboshethe o ile a etsa’ng?
Ha aa ka a tletleba ka hore qeto eo ea Davida e hloka toka. Mefiboshethe o ne a tseba hore morena o hloka khotso e le hore a phethe mosebetsi oa hae hantle. Ka hona, o ile a re Tsiba a nke thepa eo kaofela. Ntho eo e neng e le ea bohlokoa ho Mefiboshethe e ne e le hore mohlanka oa Jehova, e leng Davida, e ne e boetse e le morena Jerusalema.
Mefiboshethe o ile a hlaheloa ke lintho tse ngata tse bohloko. O ne a atisa ho ikutloa e le mokhelo. Empa Jehova o ne a mo rata a bile a mo hlokomela. Re ka ithuta’ng ho see? Esita le ha re etsa lintho tse nepahetseng, ba bang ba tla re etselletsa. Jesu o ile a re: “Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele le le hloea.” Batho ba ile ba ba ba bolaea Jesu. Re ka kholiseha hore haeba re etsa se nepahetseng, Molimo oa ’nete, Jehova, hammoho le Mora oa hae Jesu, ba tla re rata.
Bibeleng ea hao bala
2 Samuele 4:4; 9:1-10; 19:24-30
KHAOLO EA 28
“O Ile a Sebeletsa Jehova ka Pelo Eohle Bophelo Bohle ba Hae”
Na Hoa Tsotelleha Hore na re Rapela Molimo Joang?
Libaka tseo ho tsona Baiseraele ba neng ba kopanya mefuta e sa tšoaneng ea borapeli li ne li bitsoa ‘libaka tse phahameng,’ kapa libaka tsa borapeli tse nang le lialetare, tseo ho chesetsoang libano ho tsona, tse nang le litšiea tse halalelang tsa lejoe, le lipalo tse halalelang tseo mohlomong e neng e le liemahale tsa lehong tsa Ashera, molimotsana oa tsoalo oa Bakanana. Libaka tsena li ne li le ngata Juda. Marena a Bobeli 23:5, 8 e bua ka ‘libaka tse phahameng metseng ea Juda le libaka tse potolohileng Jerusalema, . . . ho tloha Geba [e moeling o ka leboea] ho ea fihla Beerseba [e moeling o ka boroa].’
Libakeng tsena tse phahameng, Baiseraele ba ne ba etsetsa “Baale mosi oa sehlabelo, le letsatsi le khoeli le lihlopha tsa linaleli tsa zodiake le makhotla ’ohle a maholimo.” Ba ne ba e-na le matlo a “matekatse a banna a tempele . . . ka tlung ea Jehova” ’me ba nyehela bana ba bona “mollong ho Moloke.”—2 Marena 23:4-10.
Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane litšoantšo tse nyenyane tsa letsopa Jerusalema le Juda, haholo-holo lithakong tsa moo e neng e le malapeng. Bongata ba tsona e ne e le litšoantšo tsa mosali ea tsotseng ea nang le matsoele a maholo. Litsebi li re litšoantšo tsena ke tsa molimotsana oa tsoalo ea bitsoang Ashtorethe le ea bitsoang Ashera. Ho lumeloa hore litšoantšo tsena e ne e le “pitsa e neng e thusa batho hore ba emole ’me ba be le bana.”
Baiseraele ba ne ba ikutloa joang ka libaka tsee tseo ba neng ba kopanya mefuta e sa tšoaneng ea borapeli ho tsona? Moprofesa Ephraim Stern oa Hebrew University o ile a re ho ka etsahala hore ebe bongata ba libaka tsena tse phahameng li ne li “nehetsoe ho Yahweh [Jehova].” Ho bonahala hore mantsoe a ngotsoeng a fumanoang libakeng tsena tse epolotsoeng a tšehetsa maikutlo ana. Ka mohlala, a mang a re, “Ke u boka ka Yahweh oa Samaria le ka ashera ea hae,” ’me a mang a re, “Ke u boka ka Yahweh oa Temane le ka ashera ea hae!”
Mehlala ena e bontša kamoo Baiseraele ba ileng ba kopanya borapeli bo hloekileng ba Jehova Molimo le meetlo e hlabisang lihlong ea bahetene. Ka lebaka la sena, boitšoaro ba bona bo ile ba hlepha ’me borapeli ba bona ba silafala. Molimo o ne a ikutloa joang ka borapeli boo?
it “Hanani” No. 2
Hanani
2. E ne e le seboni. O ile a khalemela Morena Asa oa Juda ka ho etsa selekane le morena oa Siria, ho e-na le hore a tšepe Jehova. Ka lebaka leo, morena o ile a mo halefela a ba a mo kenya teronkong. (2Kr 16:1-3, 7-10) Hanani e ne e boetse e le ntate oa Jehu. Jehu eena e le moprofeta, le eena ka tsela e tšoanang o ile a khona ho khalemela morena oa Iseraele, Basha le morena oa Juda, Josafate.—1Ma 16:1-4, 7; 2Kr 19:2, 3; 20:34.
Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
5 Asa e ne e le morena oa boraro oa Juda ka mor’a hore ’muso o ka leboea oa meloko e leshome o arohane. O ile a felisa borapeli ba litšoantšo a ba a tebela banna ba matekatse ba neng ba sebeletsa tempeleng. O ile a ba a tlosa le nkhono oa hae Maaka hore e se ke ea e-ba “mofumahali, hobane o ne a etselitse palo e halalelang setšoantšo se rapeloang.” (1 Mar. 15:11-13) Ho feta moo, Asa o ile a khothalletsa Bajuda hore “ba batle Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ’me ba phethe Molao le taelo.” Kannete o ile a ba thusa hore ba rapele Jehova.—2 Likron. 14:4.
6 Ka lilemo tse leshome Asa a busa Juda, ha hoa ka ha e-ba le lintoa. Hamorao Zera oa Moethiopia o ile a hlasela Juda ka masole a 1 000 000 le ka lipere tse 300 tsa ntoa. (2 Likron. 14:1, 6, 9, 10) Asa o ile etsa’ng? O ile a itšetleha ka Jehova. (Bala 2 Likronike 14:11.) Molimo o ile a arabela thapelo ea Asa, ’me a hlola masole a Ethiopia. (2 Likron. 14:12, 13) Leha marena a ne a sa tšepahalle Jehova ka ho feletseng, o ne a ba thusa ho hlola lintoeng tsa bona molemong oa lebitso la hae. (1 Mar. 20:13, 26-30) Leha ho le joalo, Asa o ile a tsoela pele a itšetlehile ka Molimo, ’me Jehova a arabela lithapelo tsa hae. Ka masoabi, hamorao Asa o ile a etsa lintho ka booatla. Ka mohlala o ile a batla thuso ho morena oa Syria ho e-na le ho e batla ho Jehova. (1 Mar. 15:16-22) Leha ho le joalo, “pelo ea Asa e ne e feletse ho Jehova ka matsatsi ‘ohle a hae.” Joale re ka etsisa mohlala oa Asa joang ka ho etsa lintho tse ntle?—1 Mar. 15:14.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Likronike Tsa Bobeli
16:13, 14—Na setopo sa Asa se ile sa chesoa? Che, “secheso sa lepato se seholo ka ho sa tloaelehang” ha se bolele ho chesoa ha setopo sa Asa, empa se bolela ho chesoa ha linoko tse monko o monate.—Mongolo o botlaseng ba leqephe ho NW.
SEHLOOHO SE ITHUTOANG 38
Etsa Lintho ka Bohlale Nakong ea Khotso
“Naha ha ea ka ea khathatsoa, ho ne ho se na ea mo loantšang lilemong tsena, kaha Jehova o ile a mo fa phomolo.”—2 LIKRON. 14:6.
SELELEKELA
Na u phela naheng eo ho eona u khonang ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi? Haeba ho joalo, u sebelisa nako ee ea khotso joang? Sehlooho sena se tl’o u thusa ho bona hore na u ka etsisa mohlala oa Morena Asa le Bakreste ba mehleng ea pele joang. Ba ile ba sebelisa nako ka bohlale ha ho ne ho se na moferefere.
U NAHANA ke nakong efe eo ho eona ho ka bang thata ho sebeletsa Jehova? Na ke ha bophelo ba hao bo e-na le mathata a mangata kapa ha bo itsamaela bothebelele feela? Hangata ha re sesa ka har’a mathata, re itšetleha ka Jehova. Empa re etsa’ng haeba bophelo ba rona bo e-na le khotso kapa bo se na mathata? Na ho ka ba le lintho tse ka re sitisang ho sebeletsa Molimo? Jehova o ile a lemosa Baiseraele hore ntho e joalo e ne e ka ba etsahalla.—Deut. 6:10-12.
2 Morena Asa ke mohlala o motle haholo oa motho ea ileng a ba bohlale ka ho itšetleha ka Jehova ka botlalo. O ile a sebeletsa Jehova maemong a thata le ha ho ne ho e-na le khotso. Qalong feela, “pelo ea Asa e ne e feletse ho Jehova.” (1 Mar. 15:14) Tsela e ’ngoe eo ka eona Asa a ileng a bontša hore o inehetse ho Jehova ka eona ke ka ho felisa borapeli ba litšoantšo Juda. Bibele e re o ile “a tlosa lialetare lisele le libaka tse phahameng ’me a qhaqha litšiea tse halalelang le ho rema lipalo tse halalelang.” (2 Likron. 14:3, 5) O ile a ba a tlosa nkhono oa hae Maaka bofumahaling. Hobane’ng? Hobane o ne a khothaletsa borapeli ba litšoantšo.—1 Mar. 15:11-13.
3 Asa ha aa ka a felisa borapeli ba bohata feela eaba o fella moo. O ile a khothaletsa borapeli bo hloekileng a ba a thusa batho ba Juda hore ba boele ba rapele Jehova. Jehova o ile a hlohonolofatsa Asa le Baiseraele ka ho ba fa nako ea khotso. Ka lilemo tse leshome tseo Asa a busitseng ka tsona “naha ha ea ka ea khathatsoa.” (2 Likron. 14:1, 4, 6) Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na Asa o ile a sebelisa nako eo ea khotso joang. Ebe ka mor’a moo, re hlahloba mohlala oa Bakreste ba pele bao le bona joaloka Asa ba ileng ba nka monyetla ha ho sa na le khotso. Re tla phethela ka ho araba potso ena: Haeba naheng eo u phelang ho eona ’muso o file bolumeli tokoloho, u ka sebelisa nako eo ea khotso joang ka bohlale?
ASA O ILE A SEBELISA NAKO EA KHOTSO JOANG?
4 Bala 2 Likronike 14:2, 6, 7. Asa o ile a bolella sechaba hore ke Jehova ea neng a ba file “phomolo ka hohle.” Asa ha aa ka a nka hore nako eo ea khotso e ne e le ea hore ba rahe qhebelele. Ho fapana le hoo, o ile a qala mosebetsi oa ho haha metse, marako, litora le liheke. O ile a bolella sechaba sa Juda a re: “Re sa ntse re e-na le naha.” Asa o ne a bolela’ng? O ne a bolela hore batho ba na le bolokolohi ba ho haha le ho tsamaea naheng eo Molimo a ba fileng eona ntle ho tšitiso ea ba lireng. O ile a khothaletsa batho hore ba nke monyetla ka nako eo ea khotso.
5 Asa o ile a boela a sebelisa nako eo ea khotso ho matlafatsa sesole sa hae. (2 Likron. 14:8) Na taba eo e ne e bontša hore o ne a sa tšepe Jehova? Le letho. Ho e-na le hoo, Asa o ne a tseba hore ke mosebetsi oa hae joaloka morena ho thusa sechaba ho itlhophela mathata ao se neng se ka ’na sa thulana le ’ona nakong e tlang. Asa o ne a tseba hore khotso eo Juda e nang le eona e ka ’na ea se be teng ho ea ho ile ’me taba eo e ne e le ’nete.
BAKRESTE BA PELE BA ILE BA SEBELISA NAKO EA KHOTSO JOANG?
6 Le hoja Bakreste ba pele ba ne ba hlorisoa hangata, ba ne ba boetse ba thabela menyetla ea khotso eo ba neng ba e-ba le eona. Ba ile ba sebelisa menyetla eo joang? Banna le basali bao ba tšepahalang ba ile ba bolela molaetsa oa ’Muso ba sa tšabe letho. Tlaleho ea Liketso e bontša hore ba ile ba “tsamaea tšabong ea Jehova.” Ba ile ba tsoela pele ba phatlalatsa molaetsa oa ’Muso eaba ba “tsoela pele ho ata.” Ha ho potang hore Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ha ba ntse ba bolela ka cheseho ha ho sa na le khotso.—Lik. 9:26-31.
7 Bakreste ba pele ba ile ba sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolela. Ka mohlala, ha moapostola Pauluse a hlokomela hore o bulehetsoe ke monyako o moholo ha a le Efese, o ile a nka monyetla oo ho ruta batho le ho etsa barutuoa.—1 Bakor. 16:8, 9.
8 Monyetla o mong o ile oa itlhahisa bakeng sa Pauluse le Bakreste ba bang ha ho ne ho fihleloa qeto ea lebollo ka selemo sa 49 mehleng eo. (Lik. 15:23-29) Ka mor’a hore liphutheho li tsebisoe ka qeto eo, barutuoa ba ile ba etsa boiteko bo matla ba ho “bolela litaba tse molemo tsa lentsoe la Jehova.” (Lik. 15:30-35) Ho ile ha etsahala’ng? Bibele e bontša hore “liphutheho tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.”—Lik. 16:4, 5.
RE SEBELISA NAKO EA KHOTSO MEHLENG ENA
9 Mehleng ena linaheng tse ngata re ka khona ho bolela ntle ho tšitiso. Na u phela naheng eo ho eona bolumeli bo lumeletsoeng ka molao? Haeba ho joalo, ak’u ipotse, ‘Ke sebelisa tokoloho ee joang?’ Matsatsi a ho qetela ke a thabisang ho bahlanka ba Jehova hobane ba phathahane ka mosebetsi oa bohlokoahali oa ho bolela le ho ruta oo ho seng le ka mohla o kileng oa etsoa ka tsela ena lefatšeng. (Mar. 13:10) Ho na le lintho tse ngata tseo bahlanka ba Jehova ba ka li etsa’ng mosebetsing ona.
10 U ka nka monyetla joang ha ho sa na le khotso? (Bala 2 Timothea 4:2.) Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe maemo a hao kapa a e mong ka lapeng ho bona hore na ke ofe ea ka eketsang tšebeletso ea hae mohlomong ka hore e be pula-maliboho? Ena ha se nako ea ho batla maruo le chelete e ngata e leng lintho tse ke keng tsa pholoha matšoenyeho a maholo le rona.—Liprov. 11:4; Mat. 6:31-33; 1 Joh. 2:15-17.
11 Bahoeletsi ba bangata ba ithutile lipuo tse ling e le hore ba ka thusa batho ba bang ho tseba Jehova. Mokhatlo oa Molimo o ba tšehetsa ka ho fetolela lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse ntseng li eketseha. Ka mohlala, ka 2010, lingoliloeng tsa rona li ne li fumaneha ka lipuo tse ka bang 500. Empa hona joale palo eo e nyolohetse ho tse ka holimo ho 1 000!
12 Batho ba ikutloa joang ha ba utloa molaetsa oa Bibele ka puo eo ba e antseng letsoeleng? Nahana ka mohlala oa morali’abo rona e mong ea ileng a rua molemo o moholo kopanong e neng e tšoaretsoe Memphis, Tennessee, Amerika. Kopano eo e ne e tšoeroe ka Sekinyarwanda e leng puo ea koana Rwanda, Congo (Kinshasa) le Uganda. Ka mor’a kopano, morali’abo rona ea buang puo eo o ile a re: “Lena ke lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse 17 ke lula Amerika ke ileng ka utloisisa lenaneo lohle la kopano.” Kannete morali’abo rona o ne a amehile maikutlo hoo ha a mametse kopano ka puo ea hae. Haeba maemo a hao a u lumella, na u ka ithuta puo e ’ngoe e le hore u thuse batho ba e buang tšimong ea heno? Na u ka se susumeletsehe le ho feta ho ithuta puo eo haeba ho se ntse ho e-na le batho ba e buang? Ha u etsa joalo u tla thaba haholo.
13 Ha se banab’abo rona bohle ba nang le bolokolohi ba ho bolela. Ka linako tse ling, mebuso e fana ka lithibelo tse matla haholo tseleng eo re etsang mosebetsi oa rona ka eona. Mohlala, ak’u nahane ka barab’abo rona ba Russia. Ka mor’a hore ba hlorisoe ka lilemo tse mashome-shome, ’muso o ile oa ba fa bolokolohi ka March 1991. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 16 000 naheng ea Russia. Lilemo tse mashome a mabeli hamorao, palo eo e ile ea eketseha ho ba e ka holimo ho 160 000! Kannete taba ena ea bontša hore bana bao ba bo rona ba ile ba etsa lintho ka bohlale ha ba sa na le bolokolohi ba ho bolela. Nako eo ea khotso e ile ea fela. Le hoja maemo a fetohile naheng eo, ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka cheseho. Ba ntse ba tšoere ka thata ho sebeletsa Jehova ka ho sebelisa menyetla eohle e hlahang.
NAKO EA KHOTSO E TLA FELA
14 Mehleng ea Asa, nako ea khotso e ile ea fela. Lebotho le leholohali la masole a ka holimo ho milione le ile la tla le tsoa Ethiopia. Molaoli oa lona e leng Zera, o ne a kholisehile hore eena le lebotho leo la hae ba tl’o hlola sechaba sa Juda. Leha ho le joalo, Morena Asa o ne a tšepile Jehova e seng bongata. Asa o ile a rapela a re: “Re thuse, Jehova Molimo oa rona, etsoe re itšetlehile ka uena, ’me re futuhetse bongata bona ka lebitso la hao.”—2 Likron. 14:11.
15 Le hoja lebotho la Ethiopia le ne le kopola la Asa ka makhetlo a ka bang mabeli, Asa o ile a lumela hore Jehova o tla sebelisa matla le bokhoni ba hae ho ba thusa. Jehova ha aa ka a soetsa Asa kaha lebotho la Ethiopia le ile la hloloa ka tsela e soabisang.—2 Likron. 14:8-13.
16 Le hoja re sa tsebe hantle hore na ho tla etsahala’ng ka rona nakong e tlang re le batho ka bomong, ntho eo re e tsebang ke hore nako ea khotso eo re nang le eona ke ea nakoana. Ha e le hantle, Jesu o ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela, barutuoa ba hae ba ne ba “tla hlouoa ke lichaba tsohle.” (Mat. 24:9) Ka tsela e tšoanang, moapostola Pauluse le eena o ile a re “bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Tim. 3:12) Satane o “halefile haholo,” kahoo e ne e ka ba booatla haeba re ka nahana hore re ka phonyoha khalefo eo ea hae.—Tšen. 12:12.
17 Haufinyane, kaofela ha rona re tl’o thulana le liteko tse tla leka botšepehi ba rona. Ho e-s’o ee kae, lefatše le tl’o ba le “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale.” (Mat. 24:21) Ka nako eo, litho tsa malapa li ka ’na tsa re hlanohela hape le mosebetsi oa rona o ka ’na oa thibeloa. (Mat. 10:35, 36) Na le rona re le batho ka bomong, re tla tšepa Jehova joaloka Asa hore o tla re thusa le ho re sireletsa?
18 Haesale Jehova a re koetlisa bakeng sa lintho tse larileng ka pele ho rona. O sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho fana ka lijo tse re matlafatsang “ka nako e tšoanetseng” e le hore re lule re le matla. (Mat. 24:45) Kahoo, le rona re lokela ho etsa boiteko bohle bo hlokehang e le hore re lule re e-na le tumelo e matla ho Jehova.—Bala Baheberu 10:38, 39.
19 Joaloka Morena Asa, re tlameha ho ‘batla Jehova.’ (2 Likron. 14:4; 15:1, 2) Re qala ho mo batla ka hore re mo tsebe re be re kolobetsoe. Re sebelisa monyetla o mong le o mong ho matlafatsa tsela eo re ratang Jehova ka eona. E le ho bona hore na re sebetsa joang tabeng ena, re ka ipotsa: ‘Na ke ba teng libokeng kamehla?’ Ha re ea libokeng tse hlophisitsoeng ke mokhatlo oa Jehova, re khona ho ba le menyetla ea ho ba metsoalle ea hae e haufi-ufi le ho khothatsoa ke Bakreste-’moho le rona. (Mat. 11:28) Re ka boela ra ipotsa, ‘Na ke na le nako e tsitsitseng ea ho ithuta Bibele? Haeba ke lula le lelapa le so kapa la ka, na re na le nako eo re e beheletseng ka thoko bakeng sa borapeli ba lelapa? Kapa haeba ke lula ke le mong, na ke ipehetse nako joalokaha eka ke ntse ke le lapeng? Hape, na ke etsa boiteko bohle mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa?’
20 Ke hobane’ng ha re lokela ho ipotsa lipotso tsee? Bibele e re Jehova o hlahloba menahano le lipelo tsa rona ’me le rona re lokela ho etsa ntho e tšoanang. (Bala 1 Likronike 28:9.) Haeba re bona hore re lokela ho etsa liphetoho linthong tseo re li batlang, boitšoarong le tseleng eo re nahanang ka eona, re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse ho etsa liphetoho tseo. Hona joale ke nako ea ho itokisetsa liteko tse larileng ka pele ho rona. U se ke oa lumella letho ho u sitisa ho sebelisa nako ea khotso ka bohlale.
“Moputso o Teng Bakeng sa Mosebetsi oa Lona”
MORENA Asa ea neng a etelletse lebotho la hae pele, o theohela tlaase phuleng a potlakile a e-tsoa lihlabeng tsa Judea a e-ea lebopong la leoatle. Ha a fihla moo phula e bulehang teng, Asa oa khefutsa ’me o ntse a hemesela. Ka tlaase ho moo a leng teng ke liahelo tsa ba lireng—’me li kholo! E tlameha ebe lebotho leo la Baethiopia le na le masole a milione. Palo ea lebotho la Asa e ka holimonyana ho halofo ea lebotho la banna bao.
Nakong ee eo Asa a tobaneng le ntoa e ka ’nang ea qhoma neng kapa neng, ke’ng eo a nahanang ho e etsa? Na ke ho fa balaoli ba mabotho a hae litaelo? Ho khothatsa mabotho a hae? Ho ngolla ba lelapa la hae? Che, ha ho joalo! Ha a tobane le bothata bona, Asa oa rapela.
Pele re hlahloba thapelo eo le ho tšohla hore na ho ile ha etsahala’ng nakong eo, nahana ka hore na Asa e ne e le motho ea joang. Ke hobane’ng ha a ile a etsa lintho ka tsela eo? Na o ne a nepile hore ebe o ile a kopa thuso ho Molimo? Tlaleho e mabapi le Asa e re ruta’ng ka tsela eo Jehova a hlohonolofatsang mesebetsi ea bahlanka ba hae ka eona?
TLALEHO EA ASA
Lilemong tse 20 ka mor’a hore ’muso oa Iseraele o aroloe hore e be mebuso e ’meli, ’muso oa Juda o ne o silafalitsoe ka ho feletseng ke mekhoa ea bohetene. Ha Asa e ne e e-ba morena ka 977 B.C.E., esita le lekhotla la borena le ne le silafalitsoe ke borapeli ba melimo ea Bakanana ea tsoalo. Empa tlaleho e bululetsoeng ea ho busa ha Asa e re o ile “a etsa se setle le se nepahetseng mahlong a Jehova Molimo oa hae.” Asa o ile “a tlosa lialetare lisele le libaka tse phahameng ’me a qhaqha litšiea tse halalelang le ho rema lipalo tse halalelang.” (2 Likron. 14:2, 3) Asa o ile a boela a leleka “matekatse a banna a tempele” ’musong oa Juda. Matekatse ana a ne a etsa bosodoma ka lebitso la bolumeli. Asa ha aa ka a tlosa borapeli bona ba bohata feela. Empa o ile a boela a khothalletsa batho hore “ba batle Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona” le hore ba phethe ‘melao le litaelo’ tsa Molimo.—1 Mar. 15:12, 13; 2 Likron. 14:4.
Kaha Jehova o ne a khahliloe ke taba ea hore Asa o ne a chesehela borapeli ba ’nete, o ile a mo putsa ka hore ho be le khotso pusong ea hae ka lilemo tse ngata. Kahoo, Morena Asa o ne a ka re: “Re batlile Jehova Molimo oa rona. Re batlile, ’me o re fa phomolo ka hohle.” Ka lebaka la khotso e neng e rena, sechaba se ile sa sebelisa nako eo hore se matlafatse tšireletso ea motse oa Juda ka hore se hahe marako. Tlaleho ea Bibele e re: “Ba qala ho haha ’me ba atleha.”—2 Likron. 14:1, 6, 7.
LEBALENG LA NTOA
Ho latela tlaleho ea lintho tseo Asa a li entseng, ha rea lokela ho makatsoa ke hore ebe o ile a rapela ha a ne a tobane le lebotho le leholo ka ho fetisisa leo ho builoeng ka lona ka Mangolong. Asa o ne a tseba hore Molimo o putsa batho ba bontšang tumelo. Thapelong ea hae, Morena Asa o ile a kopa thuso ho Jehova. Asa o ile a hlokomela hore haeba a itšetlehile ka Molimo a bile a tšepile thuso ea hae, ho ne ho sa tsotellehe hore na lebotho la sera le ne le le matla hakae ebile le e-na le batho ba bangata hakae. Lebitso la Jehova le ne le ameha tabeng ena, ke ka lebaka leo Asa a ileng a kopa thuso ho Molimo. Morena Asa o ile a rapela a re: “Re thuse, Jehova Molimo oa rona, etsoe re itšetlehile ka uena, ’me re futuhetse bongata bona ka lebitso la hao. Jehova, u Molimo oa rona. U se ke oa lumella motho ea shoang hore a be matla khahlanong le uena.” (2 Likron. 14:11) Seo se ne se tšoana le ho re: ‘Baethiopia ba hlasela uena, Jehova. U se ke oa lumella hore lebitso la hao le nyefoloe ka hore batho ba fokolang ba hlole batho ba bitsoang ka lebitso la hao.’ Kahoo, “Jehova o [ile a] hlola Baethiopia ka pel’a Asa le ka pel’a Juda, ’me Baethiopia ba baleha.”—2 Likron. 14:12.
Kajeno, bahlanka ba Jehova ba tobana le bahanyetsi ba bangata ba matla. Re ke ke ra loana le bona ka lihlomo tsa sebele lebaleng la ntoa la sebele. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Jehova o tla putsa batho ba tšepahalang ba loanang ntoa ea moea ka lebaka la lebitso la hae ka hore ba hlole. Ntoa eo re e loanang e ka ’na ea akarelletsa boiteko bo matla ba ho loantša moea o jeleng setsi oa boitšoaro bo hlephileng, ho loantša bofokoli ba rona kapa ho sireletsa malapa a rona linthong tse silafatsang. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ke mahlomola afe ao re tobanang le ’ona, re ka khothatsoa ke thapelo ea Asa. Tlholo ea hae e ne e le tlholo ea Jehova. E ile ea bontša hore na ke sefe seo batho bohle ba itšetlehang ka Molimo ba ka se lebellang. Jehova o matla ho feta motho ofe kapa ofe.
KHOTHATSO LE TEMOSO
Ha Asa a khutla ntoeng, o ile a khahlanyetsoa ke Azaria. Moprofeta Azaria o ile a mo fa khothatso le temoso, a re: “U nkutloe, Uena Asa le Bajuda bohle le Benjamine! Jehova o na le lona hafeela le e-na le eena; haeba le mo batla, o tla etsa hore le mo fumane, empa haeba le mo tlohela o tla le tlohela. . . . Le be sebete ’me le se ke la lumella matsoho a lona ho tepella, hobane moputso o teng bakeng sa mosebetsi oa lona.”—2 Likron. 15:1, 2, 7.
Mantsoe ana a ka re matlafatsa tumelo. A bontša hore Jehova o tla ba le rona hafeela re mo sebeletsa ka botšepehi. Ha re kopa thuso ho eena, re ka kholiseha hore oa re utloa. Azaria o ile a re: “Le be sebete.” Hangata ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore a etse se nepahetseng, empa rea tseba hore Jehova a ka re thusa hore re etse seo.
Kaha nkhono oa Asa e leng Maaka, o ne a etselitse “palo e halalelang setšoantšo se rapeloang se tšabehang,” Asa o ile a tobana le mosebetsi o thata oa ho mo tlosa boemong ba hae ba ho ba “mofumahali.” O ile a khona ho phetha mosebetsi oo, a ba a chesa setšoantšo seo sa hae se rapeloang. (1 Mar. 15:13) Asa o ile a hlohonolofatsoa ka lebaka la qeto eo a ileng a e etsa hammoho le tsela eo a ileng a bontša sebete ka eona. Le rona re lokela ho khomarela Jehova ka tieo hammoho le melao ea hae e lokileng ho sa tsotellehe hore na beng ka rona ba tšepahala ho Molimo kapa che. Haeba re etsa joalo, Jehova o tla re putsa ka lebaka la botšepehi ba rona.
Tse ling tsa lintho tseo Asa a ileng a putsoa ka tsona ke hore a bone Baiseraele ba bangata ba ’musong oa bokoenehi o neng o le ka leboea ba e-tla Juda ka bongata ha ba hlokomela hore Jehova o ne a e-na le eena. Ba ne ba ananela borapeli bo hloekileng hoo ba ileng ba khetha ho siea mahae a bona e le hore ba e’o lula har’a bahlanka ba Jehova. Ka thabo Asa le Bajuda bohle ba ile ba kena ‘selekaneng sa ho batla Jehova ka lipelo tsohle tsa bona le ka moea oohle oa bona.’ Litholoana tsa seo e ile ea e-ba life? Molimo o ile “a etsa hore ba mo fumane; Jehova a tsoela pele ho ba fa phomolo ka hohle.” (2 Likron. 15:9-15) Ruri rea thaba ha batho ba ratang ho loka ba amohela borapeli bo hloekileng ba Jehova!
Ka lehlakoreng le leng mantsoe a moprofeta Azaria a ne a tšosa. O ile a ba lemosa a re: ‘Haeba le tlohela Jehova o tla le tlohela.’ E se eka seo se ke ke sa re etsahalla, kaha litholoana tsa sona li ka ba bosula haholo! (2 Pet. 2:20-22) Mangolo ha a bolele hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a romella Asa temoso ena, empa Asa ha aa ka a e mamela.
“U ENTSE KA BOOATLA”
Selemong sa bo36 sa puso ea Asa, Morena oa Iseraele e leng Basha, o ile a futuhela Juda. Basha o ile a qala ho haha marako a motse oa Rama o neng o le moeling ’me o le bohole ba lik’hilomithara tse robeli ka leboea ho Jerusalema. Mohlomong o ile a etsa sena e le hore a thibele bafo ba hae ho ea naheng ea Juda ho ea kopanela borapeling bo hloekileng. Ho e-na le hore Asa a kope thuso ho Molimo joalokaha a ile a etsa ha a ne a futuheloa ke Baethiopia, o ile a batla thuso ho batho. O ile a romela mpho ho morena oa Siria, a mo kopa hore a hlasele ’muso oa Iseraele o ka leboea. Ha Basiria ba futuha, Basha o ile a tloha Rama.—2 Likron. 16:1-5.
Jehova ha aa ka a thabela seo Asa a ileng a se etsa ’me o ile a romela moprofeta Hanani hore a mo bolelle seo. Kaha Asa o ile a hlokomela seo Molimo a ileng a se etsa ka Baethiopia, a ka be a ile a ithuta hore “mahlo a [Jehova] a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” Mohlomong Asa o ile a fuoa keletso e fosahetseng kapa o ne a nahana hore Basha le lebotho la hae ha ba matla hakaalo ’me a nahana hore o ne a ka ba hlola ka matla a hae. Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, Asa o ile a tšepa batho ho e-na le hore a tšepe Jehova. Hanani o ile a re: “U entse ka booatla mabapi le sena, etsoe ho tloha joale ho ea pele ho tla ba le lintoa khahlanong le uena.”—2 Likron. 16:7-9.
Asa o ile a halefa haholo eaba o kenya moprofeta Hanani metšoasong. (2 Likron. 16:10) Na ho ka etsahala hore ebe Asa o ile a nahana a re, ‘Na ke lokela ho khalemeloa ka mor’a hore ke tšepahale ka lilemo tse ngata?’ Na ebe kelello ea hae e ne e se e sa sebetse hantle ka lebaka la ho hola? Bibele ha e bolele.
Selemong sa bo39 sa puso ea hae, Asa o ile a tšoaroa ke maoto ’me a kula haholo. Tlaleho e re: “Esita le ha a kula ha aa ka a batla Jehova empa o ile a batla bafolisi.” Ka nako eo, ho bonahala eka kamano ea Asa le Jehova e ne e se e se matla joaloka pele. Ho hlakile hore o ile a shoa a ntse a le boemong bona boo selemong sa bo41 sa puso ea hae.—2 Likron. 16:12-14.
Leha ho le joalo, ho bonahala eka litšobotsi tse ntle tsa Asa li ile tsa koahela liphoso tsa hae. Ha aa ka a khaotsa ho sebeletsa Jehova. (1 Mar. 15:14) Kahoo, pale ea bophelo ba hae e ka re ruta’ng? E ka re thusa hore re hlokomele hore re lokela ho hopola tsela eo Jehova a ileng a re thusa ka eona nakong e fetileng, kaha ho hopola seo ho ka re susumelletsa hore re boele re rapelle thuso ea hae ha re thulana le liteko tse ncha. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nahana hore kaha re sebelelitse Molimo ka botšepehi ka lilemo tse ngata, ha re hloke keletso ea Mangolo. Ho sa tsotellehe hore na re ’nile ra tšepahala ka nako e kae, Jehova o tla re khalemela haeba re etsa phoso. Re lokela ho amohela khalemelo eo ka bonolo e le hore e tle e re tsoele molemo. Ntho ea bohlokoa le ho feta, Ntate oa rona ea leholimong o tla ba le rona hafeela re mo sebeletsa ka botšepehi. Jehova o qamaka lefatšeng lohle ho batla batho ba tšepahalang ho eena. O ba putsa ka hore a ba fe matla. Jehova o ile a fa Asa matla, ’me le rona a ka re fa matla.
KHAOLO EA 29
“Molimo oa ka ke Jehova”
it “Lekhoaba” ¶5
Lekhoaba
Lekhoaba le fapane le mokhoabane, hobane lona le phela naheng, lithabeng le mahoatateng. Ke e ’ngoe ea liphoofolo tseo Esaia a ileng a li bona ponong li lutse lithakong tsa Edomo. (Esa 34:11) Makhoaba a ipolokela lijo mapatsong a mafika kapa tlas’a makhasi. Kahoo, linonyana tsena e ne e le tsona tse loketseng hore Molimo a ka li sebelisa bakeng sa ho isetsa Elia bohobe le nama habeli ka letsatsi ha a ntse a ipatile khohlong ea Kerithe.—1Ma 17:2-6.
it “Elia” No. 1 ¶11
Elia
Mehlolo. Ka Bibeleng ho buuoa ka mehlolo e robeli eo Elia a ileng a e etsa. Oa pele, o ile a etsa hore pula e se ke ea na. Oa bobeli, o ile a etsa hore phofo le oli ea mohlolohali oa Sarepta e lule e le teng. Oa boraro, o ile a tsosa mora oa mohlolohali. Oa bone, ka mor’a hore a rapele ho ile ha theoha mollo leholimong. Oa bohlano, hape ka mor’a hore a rapele, komello e neng e nkile nako e telele e ile ea fela ka mor’a hore pula e ne. Oa botšelela, o ile a kopa hore mollo o timetse molaoli oa Morena Akaze le banna ba hae ba 50. Oa bosupa, o ile a boela a kopa hore mollo o timetse molaoli oa bobeli le banna ba hae ba 50. Oa borobeli, o ile a arola Noka ea Jordane ka seaparo sa hae. Ho nkeloa ha hae leholimong, e ile ea e-ba mohlolo o mong, empa ona o ne o sa etsoa ke eena, o ne o entsoe ke Molimo ka sebele ebile o ne a sa o rapella.
Na Buka ee e ka Tšeptjoa?
Mabakeng a mang ho siuoa ha makolopetso a itseng ho mpa ho tiisa ho tšepahala ha mongoli oa Bibele. Ka mohlala, mongoli oa 1 Marena o bua ka komello e matla Iseraele. E ne e le matla hoo morena a neng a sitoa ho fumana metsi a lekaneng le joang hore a boloke lipere tsa hae le limmoulo li ntse li phela. (1 Marena 17:7; 18:5) Leha ho le joalo, tlaleho e tšoanang e tlaleha hore moprofeta Elia o ile a laela hore a tlisetsoe metsi a lekaneng Thabeng ea Karmele (hore a tl’o a sebelisa mabapi le sehlabelo) hore ho tlatsoe sekoti se potolohang sebaka seo mohlomong se leng lisekoere-mithara tse 1 000. (1 Marena 18:33-35) Ka har’a komello e kaalo, metsi ao kaofela a ne a tsoa hokae? Mongoli oa 1 Marena ha aa ka a itšoenya ka ho hlalosa. Leha ho le joalo, e mong le e mong ea phelang Iseraele o ne a tseba hore Karmele e ne e le lebopong la Leoatle la Mediterranean, joalokaha tlhaloso e boletsoeng e se ka morero hamorao e bontša. (1 Marena 18:43) Kahoo, metsi a leoatle a ne a ka fumaneha habonolo. Haeba ka litsela tse ling buka ena e nang le boitsebiso bo qaqileng e ne e le tšomo feela ea ntho eo e hlileng e seng eona, ke hobane’ng ha mongoli oa eona, eo boemong boo e neng e tla ba moikhakanyi ea bohlale, a ne a ka siea ho se lumellane ho totobetseng joalo tabeng e ngotsoeng?
O Ile a Mamella ha a ne a Tšoaroa ka ho Hloka Toka
Na ebe Elia o ne a boetse a le leqe ho fana ka bo bong ba boikarabelo ba hae kapa na o ne a tšoenyehile ka hore ka letsatsi le leng Elisha o tla mo nkela mosebetsi? Ha re tsebe; ebile re ke ke ra tiisa hore ha aa ka a ba le boikutlo boo. Etsoe e ne e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rona.” (Jakobo 5:17) Leha ho le joalo, tlaleho ea Bibele e re: “Elia a tšelela ho eena ’me a akhela seaparo sa hae se khethehileng holim’a hae.” (1 Marena 19:19) Seaparo se khethehileng sa Elia, seo e ka ’nang eaba e ne e le sa letlalo la nku kapa la poli seo a neng a se apara ka holimo, se ne se bontša hore o khethiloe ke Jehova. Joale, ho se akhela mahetleng a Elisha, ho ne ho bolela ho itseng. Elia o ne a bontša hore o ikemiselitse ho amohela taelo ea Jehova ea hore a khethe Elisha hore e be mohlahlami oa hae. Elia o ne a tšepa Molimo a bile a mo mamela.
Lihlooho tse websaeteng “Tsa Bacha”
Emela Borapeli ba ’Nete!
TSA BACHA
Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.
Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Elia, Akabe le baprofeta ba Baale ba 450
Kakaretso: Elia o fana ka bopaki ba hore Jehova o phahametse Baale.
1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA 1 MARENA 18:17-40.
Nka leqephe ’me u toroee moo u nahanang hore Elia o ne a eme teng, moo ho neng ho eme baprofeta ba Baale hammoho le moo lialetare li neng li le hona teng.
U nahana hore lerata e ne e le la mofuta ofe ha u bala ka pherekano e hlalositsoeng temaneng ea 26 ho ea ho ea 29?
. . . . .
U nahana hore Elia o ne a ikutloa joang ha a bua le baprofeta ba Baale?
. . . . .
2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.
Ke hobane’ng ha Elia a ne a lokela ho ba sebete hore a ee ho Akabe a be a etse ntho e neng e tla tlotlolla baprofeta ba Baale ba makholo? (Ntlha e thusang: Bala 1 Marena 18:4, 13, 14.)
. . . . .
U sebelisa mokhoa leha e le ofe oa ho etsa lipatlisiso, fumana ho itseng ka borapeli ba Baale. Ka mohlala, ke lintho life tse neng li etsoa borapeling boo? Borapeli ba Baale bo ile ba ama Baiseraele joang?
. . . . .
U nahana hore ke hobane’ng ha Elia a ile a cheka foro ho potoloha aletare ea Jehova eaba o e tlatsa metsi?
. . . . .
3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .
Sebete se hlokahalang e le hore motho a emele borapeli ba ’nete.
. . . . .
Melemo e ruuoang ke ba bontšang sebete se joalo.
. . . . .
LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.
Ke maemong afe bophelong moo u ka bontšang sebete sa ho emela borapeli ba ’nete?
. . . . .
4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?
. . . . .
KHAOLO EA 30
O Ile a ba le Tumelo ho Jehova Nakong e Thata Haholo
it “Sidone” ¶6
Sidone
Borapeli ba Basidone le Litla-morao ba Tsona. Basidone ba ne ba le boitšoaro bo hlephileng, ba etsa mekete ea thobalano e le karolo ea borapeli ba bona ho molimotsana Ashtorethe. Mekete ena e ne e le karolo e kholo ea borapeli ba bona. Kaha Baiseraele ba ile ba lumella Basidone hore ba lule le bona, ba ile ba qetella ba se ba khelohile eaba ba latela melimo ea bona ea bohata. (Bhl 10:6, 7, 11-13) Ba bang ba basali ba balichaba bao Solomone a ileng a ba nyala e ne e le Basidone, sena se ile sa etsa hore morena a qetelle a rapela molimotsana Ashtorethe, eo ho neng ho nkoa hore ke molimo ea khonang ho thusa batho ho ba le bana. (1Ma 11:1, 4-6; 2Ma 23:13) Morena Akabe le eena o ile a etsa ntho e mpe mahlong a Jehova ka hore a nyale Jezebele, morali oa morena oa Sidone. Kahoo, Jezebele le eena o ile a hlohlelletsa Baiseraele hore ba rapele melimo ea bohata.—1Ma 16:29-33; 18:18, 19.
it “Ethebaale”
Ethebaale
(Ethebaale) [Le Baale].
Morena oa Basidone, e leng ntate oa Jezebele mosali oa Morena Akabe. (1Ma 16:31) Ha Ethebaale a fa Akabe morali oa hae hore a mo nyale, eena le Akabe ba ne ba etsa selekane se kopanyang mebuso ea bona. Josephus o ile a qotsa mantsoe a rahistori Menander a hlalosa hore Ethebaale e ne e le moprista oa molimotsana Astarte (Ashtorethe). Ho bonahala eka Ethebaale enoa ke Ithobale, moprista enoa o ile a fumana borena ka hore a bolaee Phelles, e leng setloholo sa Hirame morena oa Tire eo Solomone a ileng a sebelisana le eena ho haha tempele. Ethebaale o phetse lilemo tse 48 ’me a busa ka lilemo tse 32. (Against Apion, I, 123 [18]) Menander o ile a boela a bontša hore khoebo e ile ea hola nakong ea puso ea Ethebaale, ha a bua ka mohaho oa Ethebaale o bitsoang Auza o Libya. A boela a bua ka komello e ileng ea nka selemo kaofela nakong ea puso ea Ethebaale.—Jewish Antiquities, VIII, 324 (xiii, 2).
Linnete ka Keresemese, “Easter,” le “Halloween”
Meketjana ea lelapa lena ea letsatsi la phomolo e qala hoseng ha le tsoha ho ea lumelisa ho chaba ha letsatsi ka thothomelo e nang le tlhompho. Bana ba apere liaparo tse ntle haholo tse ncha, ba bile ba roetse le likatiba. Mokete oo o akareletsa litšoantšo tsa mebutlanyana, liroto tse tletseng mahe a pentiloeng hantle a Easter, le libanse tse nang le sefapano. E tlameha ebe ke Easter. Kapa na ho joalo?
Nako ea selemo e ne e halalela ho barapeli ba likamano tsa botona le botšehali ba Fenicia. Litšoantšo tsa molimotsana oa bona oa kemolo, Astarte, kapa Ishtar (Aphrodite ho Magerike), e ne e le lehe le ’mutlanyane. O ne a e-na le lenyora le sa kholoeng la mali le likamano tse litšila tsa botona le botšehali. Liemahale tsa hae tse fapaneng li ne li mo hlahisa a e-na le litho tsa botšehali tse fetelelitsoeng hampe, kapa a nkile lehe ka letsohong la hae ’me ’mutlanyane o le lehlakoreng la hae. Botekatse bo halalelang e ne e le karolo ea sehlotšoana sa hae sa bokhelohi. Kanana, molimotsana oa likamano tsa botona le botšehali o ne a boleloa hore ke mosali oa Baale. O ne a hlomphuoa ka mekete e se nang taolo ea likamano tsa botona le botšehali tsa matahoa, barapeli ba lumelang hore likamano tsa bona tsa botona le botšehali li ne li thusa ho hlasimolla Baale le mosali oa hae ka ho feletseng le ho khothaletsa likamano tsa botona le botšehali lipakeng tsa bona. Ho latela buka Recent Discoveries in Bible Lands, “ha ho naha e ’ngoe e nang le palo e holimo hakaalo ea litšoantšo tsa molimotsana oa kemolo ea tsotseng, tse ling li le litšila ka ho feletseng, e kileng ea fumanoa.”
Ka tlas’a likhopotso tsa hae Carthage, ho ile ha fumanoa meqomo e pentiloeng ka mebala e khanyang e neng e tšetse masapo a cheleng a bana ba banyenyane. Batsoali ba bona, bao ka tloaelo e neng e le batho ba boemo, ba ne ba batla tlhohonolofatso ea melimo leruong le tšusumetsong ea bona. Meqomo e meng e ile ea fumanoa e e-na le mesaletsa ea bana ba bangata ba lilemo tse fapaneng, mohlomong ba lelapa le le leng.
Ha u sheba lebokose le ka holimo u tla bona hore na ho entsoe ho fokolang hakae ho pata mefuta ena ea morao-rao ea litloaelo tsa bolumeli tsa boholo-holo. Esita le lebitso Easter le fapane hanyenyane le lebitso la boholo-holo la bohetene. Joale, na ee ke eona tsela ea ho hlompha Mora ea halalelang oa Molimo?
Mohlolohali oa Sarepta o Ile a Putsoa ka Lebaka la Tumelo ea Hae
Mohlolohali eo o ne a le mothating oa ho tobana le teko e ’ngoe ea tumelo. Tlaleho ea Bibele e re: “Ka mor’a lintho tsena mora oa mosali eo, mong’a ntlo, a kula, ’me boloetse ba hae ba tota hoo ho neng ho se phefumoloho e setseng ho eena.” Kaha ’mè eo o ne a utloile bohloko a bile a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha a hlaheloa ke tlokotsi eo, o ile a re ho Elia: “Taba ea ka le uena ke efe, Uena monna oa Molimo oa ’nete? U tlile ho ’na ho tla nkhopotsa phoso ea ka le ho bolaea mora oa ka.” (1 Mar. 17:17, 18) Mantsoe aa a bohloko a bolela’ng?
Na ebe mosali eo o ile a hopola phoso eo a e entseng e tšoenyang letsoalo la hae? Na ebe o ile a nahana hore lefu la mora oa hae ke tsela eo Molimo a mo khalemelang ka eona le hore o ne a rometse Elia ho tlisa lefu? Bibele ha e re bolelle, empa ho hlakile hore: Mohlolohali eo ha aa ka a qosa Molimo ka hore o khopo.
Ho Fumana Kamohelo ea Molimo ho Fana ka Bophelo bo sa Feleng
“Jehova, u tla hlohonolofatsa mang kapa mang ea lokileng; joalokaha eka ke ka thebe e kholo, u tla ba lika-liketsa ka kamohelo.”—PES. 5:12.
MOHLOLOHALI oa Sarepta le mora oa hae ba ne ba lapile, ’me moprofeta oa Molimo le eena o ne a lapile. Ha mohlolohali eo a le mothating oa ho besa mollo, moprofeta Elia o ile a mo kopa metsi le bohobe. O ne a ikemiselitse ho mo fa metsi, empa sohle seo a neng a e-na le sona e ne e le “lefupu la phofo ka nkhong e kholo le oli e nyenyane ka nkhong e nyenyane.” O ne a nahana hore o ne a ke ke a khona ho fa moprofeta Elia lijo, ’me ke sona seo a ileng a mo bolella sona.—1 Mar. 17:8-12.
2 Elia o ile a mo phehella, a re: “U nketsetse polokoe e nyenyane ka se teng ka moo pele, u e tlise ho ’na, ’me ka mor’a moo u ka etsa ho hong bakeng sa hao le mora oa hao. Etsoe sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Nkho e kholo ea phofo e ke ke ea fela, le nkho e nyenyane ea oli e ke ke ea fela.’”—1 Mar. 17:13, 14.
3 Mohlolohali eo o ne a tobane le ntho ea bohlokoa ho feta hore feela a etse qeto ea hore na o tla ngoathela Elia lijo tsa hae tsa ho qetela kapa che. Na o ne a tla tšepa Jehova hore o tla mo lopolla hammoho le mora oa hae, kapa o ne a tla nka litlhoko tsa hae tsa nama e le tsa bohlokoa ho feta hore a fumane kamohelo ea Molimo ’me e be motsoalle oa hae? Kaofela ha rona re tobane le ho etsa qeto e tšoanang. Na re tla ameha haholo ka hore re fumane kamohelo ea Jehova ho feta ho batla tšireletseho linthong tsa nama? Re na le mabaka a utloahalang a ho tšepa Molimo le ho mo sebeletsa. Ho feta moo, ho na le mehato eo re ka e nkang e le hore re ka batla kamohelo ea hae re be re e fumane.
‘Oa Tšoaneleha ho Amohela Borapeli’
4 Jehova o na le tokelo ea ho lebella hore batho ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang. Sehlopha sa bahlanka ba hae ba leholimong se ile sa tiisa taba ena se le ntsoe-leng, sa re: “Jehova, Molimo oa rona, oa tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bopile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa boptjoa.” (Tšen. 4:11) Kaha Jehova ke ’Mopi, o tšoaneloa ke hore re mo rapele.
5 Lebaka le leng la hore re sebeletse Jehova ke hore o re rata ka lerato le ke keng la lekanngoa. Bibele e re: “Molimo a bopa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bopa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bopa e le e motona le e motšehali.” (Gen. 1:27) Motho o na le boikhethelo ’me Molimo o mo file bokhoni ba hore a nahane a be a etse liqeto. Kaha Jehova o re file bophelo, e ile ea e-ba Ntate oa batho. (Luka 3:38) Joaloka ntate ofe kapa ofe ea molemo, o entse sohle ho fa bara le barali ba hae seo ba se hlokang e le hore ba thabele bophelo. ‘O chabisa letsatsi la hae’ ’me ‘o nesa pula,’ e le hore Lefatše le ka re hlahisetsa lijo tse ngata ’me ho be le tikoloho e ntle.—Mat. 5:45.
6 Jehova o boetse o re lopolotse liphellong tse bohloko tsa sebe. Ha Adama a ne a etsa sebe, o ile a tšoana le motho ea bechang, ea utsoetsang lelapa la hae chelete e le hore a il’o becha. Ha Adama a ne a fetohela Jehova, o ile a amoha bana ba hae monyetla oo ba neng ba ka ba le oona—e leng oa ho ba le thabo ea ka ho sa feleng. Boikhabi ba hae bo ile ba etsa hore batho e be makhoba a ho se phethahale. Ka lebaka leo, batho bohle baa kula, baa hlonama ’me qetellong baa shoa. Ho hlokahala tefello e le hore lekhoba le lokolloe, ’me Jehova o fane ka tefello e ka re lopollang liphellong tseo tse tšosang. (Bala Baroma 5:21.) A sebetsa tumellanong le thato ea Ntate oa hae, Jesu Kreste o ile a “fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Mat. 20:28) Haufinyane bohle ba fumaneng kamohelo ea Molimo ba tla fumana melemo e feletseng ea tefello eo ea thekollo.
7 ’Mopi oa rona, Jehova, o entse ho fetang hoo mang kapa mang a neng a ka ho etsa ho re fa bophelo bo thabisang le bo nang le morero. Ha re e-na le kamohelo ea hae, re tla khona ho bona kamoo a tla felisa mahlomola ’ohle a ’nileng a bakeloa batho. Jehova o tla tsoela pele ho bontša e mong le e mong oa rona kamoo e bang “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheb. 11:6.
“Batho ba Hao ba Tla Itlhahisa ka ho Rata”
8 Ho fumana kamohelo ea Molimo ho akarelletsa hore re sebelise boikhethelo ba rona ka tsela e loketseng. Lebaka ke hore Jehova ha a qobelle mang kapa mang hore a mo sebeletse. Mehleng ea Esaia, o ile a botsa: “Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rona?” Jehova o ile a bontša hore o hlompha moprofeta Esaia ka ho ela hloko tokelo ea hae ea ho etsa qeto. Nahana hore na Esaia o ne a khotsofetse hakae ha a ne a araba, a re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esa. 6:8.
9 Batho ba na le boikhethelo ba ho sebeletsa Molimo kapa ho se mo sebeletse. Jehova o batla hore re mo sebeletse ka ho rata. (Bala Joshua 24:15.) Batho leha e le bafe ba sa rateng ho rapela Molimo ba ke ke ba mo khahlisa; ebile ha a amohele boinehelo ba batho bao ha e le hantle sepheo sa bona e leng ho khahlisa batho ba bang. (Bakol. 3:22) Haeba re ne re ka etsa tšebeletso e halalelang ka ho “tsilatsila,” ka ho lumella lintho tsa lefatše hore li sitise borapeli ba rona, re ne re ke ke ra fumana kamohelo ea Molimo. (Ex. 22:29) Jehova oa tseba hore ho mo sebeletsa ka moea oohle ho re tsoela molemo. Moshe o ile a phehella Baiseraele hore ba khethe bophelo ‘ka hore ba rate Jehova Molimo oa bona, ba mamele lentsoe la hae ’me ba mo khomarele.’—Deut. 30:19, 20.
10 Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a binela Jehova, a re: “Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata letsatsing la lebotho la hao la sesole. Bokhabaneng ba khalalelo, ho tsoa popelong ea mafube, u na le sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka.” (Pes. 110:3) Kajeno batho ba bangata ba phelela boikhathollo feela le hore ba eme hantle licheleteng. Leha ho le joalo, ho batho ba ratang Jehova, tšebeletso e halalelang e tla pele ho ntho efe kapa efe. Cheseho eo ba bolelang litaba tse molemo ka eona e bontša hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba bona. Ba kholisehile ka ho feletseng hore Jehova o khona ho ba fa lintho tseo ba li hlokang letsatsi le letsatsi.—Mat. 6:33, 34.
Mahlabelo ao Molimo a a Amohelang
11 Tlas’a selekane sa Molao, batho ba Molimo ba ne ba nyehela mahlabelo a loketseng e le hore a ba amohele. Levitike 19:5 e re: “Haeba le hlabela Jehova sehlabelo se kopanetsoeng, le lokela ho se hlabela hore le iphumanele kamohelo.” Bukeng eona eo ea Bibele, ho thoe: “Haeba le lokela ho hlabela Jehova sehlabelo sa liteboho, le lokela ho se etsa bakeng sa hore le iphumanele kamohelo.” (Lev. 22:29) Ha Baiseraele ba ne ba nyehela mahlabelo a loketseng a liphoofolo aletareng ea Jehova, mosi o neng o tsoa o ne o tšoana le “monko o khathollang” ho Molimo oa ’nete. (Lev. 1:9, 13) Mahlabelo a joalo a bontšang lerato ao batho ba hae ba neng ba a etsa, a ne a etsa hore a ikutloe a khatholohile. (Gen. 8:21) Litšobotsing tsena tsa Molao re fumana molao-motheo o sebetsang kajeno. Batho ba nyehelang mahlabelo a amohelehang ho Jehova ba fumana kamohelo ea hae. O amohela mahlabelo afe? Nahana ka likarolo tse peli bophelong: boitšoaro ba rona le seo re se buang.
12 Lengolong leo a neng a le ngoletse Baroma, moapostola Pauluse o ile a re: “Le hlahise ’mele ea lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lona a ho nahana.” (Bar. 12:1) E le hore motho a fumane kamohelo ea Molimo, o lokela ho etsa hore ’mele oa hae o lule o amoheleha ho Molimo. Haeba a ne a ka itšilafatsa ka koae, betel nut, lithethefatsi tse seng molaong kapa ho sebelisa joala hampe, nyehelo eo e ne e tla be e se na thuso. (2 Bakor. 7:1) Ho feta moo, kaha motho “ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae,” boitšoaro bo bobe ba mofuta ofe kapa ofe bo etsa hore nyehelo ea hae e nyonyehe ho Jehova. (1 Bakor. 6:18) E le hore motho a khahlise Molimo, o tlameha ho ‘halalela boitšoarong bohle ba hae.’—1 Pet. 1:14-16.
13 Sehlabelo se seng seo Jehova a se thabelang se amana le seo re se buang. Kamehla batho ba ratang Jehova ba ’nile ba mo rorisa phatlalatsa le moo ba leng bang lapeng. (Bala Pesaleme ea 34:1-3.) Bala Pesaleme ea 148-150, ’me u hlokomele hore na lipesaleme tsena tse tharo li re khothalletsa hangata hakae hore re rorise Jehova. Ka sebele, “thoriso e loketse ho ba lokileng.” (Pes. 33:1) Ho feta moo, motho ea re behetseng mohlala, e leng Jesu Kreste, o ile a hatisa bohlokoa ba ho rorisa Molimo ka ho bolela litaba tse molemo.—Luka 4:18, 43, 44.
14 Ha re bolela litaba tse molemo ka cheseho re bontša hore re rata Jehova le hore re labalabela ho fumana kamohelo ea hae. Ka mohlala, nahana kamoo moprofeta Hosea a ileng a eletsa Baiseraele ba neng ba amohetse borapeli ba bohata kateng, ba bile ba lahlehetsoe ke kamohelo ea Molimo. (Hos. 13:1-3) Hosea o ile a ba bolella hore ba kope ka tieo ba re: “E se eka [Jehova] u ka tšoarela phoso; ’me u amohele se molemo, ’me re tla nyehela e le puseletso lipohoana tsa melomo ea rona.”—Hos. 14:1, 2.
15 Poho e ne e le phoofolo e turang ka ho fetisisa eo Moiseraele a neng a ka e nyehela ho Jehova. Kahoo, “lipohoana tsa melomo ea rona” li ne li bolela mantsoe a tsoang botebong ba pelo le a nahannoeng hantle, a rorisang Molimo oa ’nete. Jehova o ile a ikutloa joang ka batho ba neng ba etsa mahlabelo a joalo? O ile a re: “Ke tla ba rata ka boithatelo ba ka.” (Hos. 14:4) Jehova o ne a tšoarela batho ba neng ba nyehela mahlabelo a joalo a thoriso, a ba amohela ’me e e-ba motsoalle oa bona.
16 Haesale ho rorisa Jehova phatlalatsa e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete. Mopesaleme o ne a nka ho tlotlisa Molimo oa ’nete e le habohlokoa haholo hoo a ileng a mo kopa ka tieo, a re: “Jehova, ka kopo u khahlisoe ke linyehelo tsa boithaopo tsa molomo oa ka.” (Pes. 119:108) Kajeno teng? Esaia o ile a profeta tjena ha a ne a bua ka batho ba bangata ba mehleng ea rona: “Ba tla tsebahatsa lithoriso tsa Jehova. . . . Ka tumello [limpho tsa bona] li tla nyolohela aletareng ea ka [ea Molimo].” (Esa. 60:6, 7) E le ho phethahatsa seo, batho ba limilione ba nyehela ho Molimo “sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.”—Baheb. 13:15.
17 Uena? Na u nyehela mahlabelo a amohelehang ho Molimo? Haeba ha ho joalo, na u tla etsa liphetoho tse hlokahalang ’me u qale ho rorisa Jehova phatlalatsa? Ha tumelo e u susumelletsa hore u qale ho bolela litaba tse molemo, nyehelo ea hao e tla ba e “khahlisang ho Jehova ho feta poho.” (Bala Pesaleme ea 69:30, 31.) Kholiseha hore “monko o khathollang” oa sehlabelo sa hao sa thoriso o tla fihla ho Jehova ’me u tla fumana kamohelo ea hae. (Ezek. 20:41) Thabo eo u tla ba le eona ka mor’a moo ke e ke keng ea lekanngoa.
‘Jehova o Tla Hlohonolofatsa Mang Kapa Mang ea Lokileng’
18 Kajeno, batho ba bangata ba fihlela qeto e tšoanang le eo ba bang ba ileng ba e fihlela mehleng ea Malakia: “Ha ho thuse letho ho sebeletsa Molimo! re rua’ng, ha re boloka seo o re laetseng sona?” (Mal. 3:14, Bibele ea Sesotho) Kaha ba laoloa ke ho rata lintho tsa nama, ba nka hore morero oa Molimo o ke ke oa phethahala le hore melao ea hae ha e sa sebetsa. Ho bona, ho bolela litaba tse molemo ke mokhoka-khoale ebile ke tšenyo ea nako.
19 Maikutlo a joalo a simolohile serapeng sa Edene. Satane ke eena ea ileng a phehella Eva hore a hlokomolohe molemo oa ’nete oa bophelo bo hlollang boo Jehova a neng a mo file bona le hore a se ke a natsa kamohelo ea hae. Kajeno, Satane o lula a leka ho susumelletsa batho hore ba lumele hore ba ke ke ba rua molemo oa letho ka ho etsa thato ea Molimo. Leha ho le joalo, Eva le monna oa hae ba ile ba hlokomela hore ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo ho ne ho bolela ho lahleheloa ke bophelo ba bona. Kajeno batho ba latelang mohlala oa bona o mobe, haufinyane le bona ba tla hlokomela hore ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo ho bolela ho lahleheloa ke bophelo.—Gen. 3:1-7, 17-19.
20 Hlokomela kamoo litholoana tse bosula tseo Adama le Eva ba ileng ba li kotula li fapaneng kateng le se ileng sa etsahala ka mor’a liketsahalo tse boletsoeng pejana tse amang Elia le mohlolohali oa Sarepta. Ka mor’a hore mosali eo a utloe mantsoe a khothatsang a Elia, o ile a apeha bohobe ’me a ngoathela moprofeta Elia pele. Joale, Jehova o ile a phethahatsa tšepiso eo a neng a e boletse a sebelisa Elia. Tlaleho e re: “A tsoela pele ho ja, mosali eo hammoho le eena le ba ntlo ea hae, ka matsatsi-tsatsi. Nkho e kholo ea phofo ha ea ka ea fela, le nkho e nyenyane ea oli ha ea ka ea fela, ho ea ka lentsoe la Jehova leo a neng a le buile ka Elia.”—1 Mar. 17:15, 16.
21 Mohlolohali oa Sarepta o ile a etsa ntho eo e leng batho ba seng bakae feela har’a batho ba libilione ba phelang hona joale ba ikemiselitseng ho e etsa. O ile a tšepa Molimo oa poloko ka ho feletseng, ’me Molimo ha aa ka a mo lahla kherehloa. Tlaleho ena le tse ling tsa Bibele li tiisa hore re tšoanela ho tšepa Jehova. (Bala Joshua 21:43-45; 23:14.) Bophelo ba Lipaki Tsa Jehova tsa mehleng ena bo fana ka bopaki bo boholo le ho feta ba hore le ka mohla a ke ke a lahla kherehloa batho ba nang le kamohelo ea hae.—Pes. 34:6, 7, 17-19.
22 Letsatsi la Molimo la kahlolo “holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle” le haufi. (Luka 21:34, 35) Motho a ke ke a le qoba. Ha ho maruo kapa mabothobotho a lintho tse bonahalang ao le ka mohla a ka bapisoang le molemo oa ho utloa ha Moahloli ea khethiloeng ke Molimo a re: “Tloong, lona ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’muso oo le o lokiselitsoeng.” (Mat. 25:34) Ka sebele, ‘Jehova o tla hlohonolofatsa mang kapa mang ea lokileng; joalokaha eka ke ka thebe e kholo, o tla ba lika-liketsa ka kamohelo.’ (Pes. 5:12) Na ha rea lokela ho batla kamohelo ea Molimo?
Na Jehova o Bona Seo u se Etsang?
U KA araba potso ee joang? Ba bangata ba ne ba tla re: ‘Ke lumela hore Molimo o ile a bona lintho tseo banna ba kang Moshe, Gideone le Davida ba neng ba li etsa, empa kea ipotsa hore na ebe o thahasella lintho tseo ke li etsang. Ka sebele ha ke tšoane le Moshe, Gideone, kapa Davida.’
Ke ’nete hore banna ba bang ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele ba ile ba etsa liketso tse ikhethang. ‘Ba ile ba hlola mebuso, ba thiba melomo ea litau, ba thiba matla a mollo, ba phonyoha bohale ba sabole.’ (Baheberu 11:33, 34) Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba bontša tumelo ea bona ka litsela tse sa hlahellang, empa Bibele e re tiisetsa hore Molimo o ile a bona liketso tsa bona tsa tumelo. Ka mohlala, nahana ka mehlala ea Mangolo e buang ka molisa, moprofeta le mosali oa mohlolohali.
Molisa o Etsa Sehlabelo
U hopola eng ha ho buuoa ka Abele, mora oa bobeli oa Adama le Eva? E ka ’na eaba oa hopola hore o ile a shoela tumelo, ’me ho ka etsahala hore ba bangata ba rona re se ke ra shoela tumelo joaloka eena. Empa ho na le ho hong hape ho etsahetseng pele ho entseng hore Molimo a bone Abele.
Ka letsatsi le leng Abele o ile a nka liphoofolo tse ntle ka ho fetisisa mohlapeng oa hae eaba o etsetsa Molimo sehlabelo. Kajeno, ho ka ’na ha bonahala eka mpho ea hae e ne e le nyenyane, empa Jehova o ile a e bona a ba a e amohela. Leha ho le joalo, ha ho felle moo. Lilemo tse ka bang likete tse ’nè hamorao, Jehova o ile a bululela moapostola Pauluse hore a ngole ka taba eo bukeng ea Baheberu. Ka mor’a lilemo tse ngata Molimo o ne a e-s’o lebale sehlabelo seo se senyenyane!—Baheberu 6:10; 11:4.
Abele o ile a etsa qeto joang hore na o tla etsa sehlabelo sa eng? Bibele ha e bolele, empa e tlameha ebe o ile a nahanisisa ka taba ena. E ne e le molisa, kahoo re ka lebella hore o ile a etsa sehlabelo ka liphoofolo tse ling tsa hae. Leha ho le joalo, hlokomela hore o ile a fana ka tse ntle ka ho fetisisa—e leng ‘likarolo tse nonneng.’ (Genese 4:4) Hape ho ka etsahala hore ebe o ile a thuisa ka mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella noha serapeng sa Edene ha a ne a re: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peo ea hao le peo ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Genese 3:15; Tšenolo 12:9) Le hoja Abele a ne a sa utloisise hore na “mosali” le “peo” ea hae ke bo-mang, mohlomong o ne a hlokomela hore ‘ho longoa ha serethe’ sa peo ea mosali ho ne ho tla akarelletsa ho tšolla mali. Ka sebele o ile a hlokomela hore ha ho na letho la bohlokoa ho feta ntho e phelang. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore sehlabelo se ileng sa nyeheloa e ne e le se loketseng kannete.
Joaloka Abele, Bakreste le bona kajeno ba etsetsa Molimo mahlabelo. Ha ba nyehele matsibolo a mehlape ea bona, empa ba nyehela “sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la [Molimo] phatlalatsa.” (Baheberu 13:15) Melomo ea rona e bolela phatlalatsa ha re bolella ba bang tumelo ea rona.
Na u ka rata ho ntlafatsa sehlabelo sa hao? Haeba ho joalo, nahanisisa ka litlhoko tsa batho ba leng tšimong ea heno. Ba amehile ka eng? Ba rata eng? Ke molaetsa ofe oa Bibele o ka ba khahlang? Ha u ntse u bolela molaetsa, u ’ne u nahane ka batho bao u buisaneng le bona e le hore u ka atleha mosebetsing oa boboleli. Ha u bua ka Jehova, bua ka kholiseho ho tsoa pelong. Etsa hore sehlabelo sa hao e be “sehlabelo [sa sebele] sa thoriso.”
Moprofeta o Bolella Batho ba sa Amoheleng Molaetsa oa Hae
Nahana ka moprofeta Enoke. Mohlomong e ne e le eena feela paki ea Jehova Molimo. Na u tšoana le Enoke, ’me ke uena feela lapeng ea sebeletsang Jehova ka botšepehi? Na ke uena feela ka tlelaseng kapa mosebetsing ea latelang melao-motheo ea Bibele? Haeba ho joalo, u ka ’na oa hanyetsoa. Metsoalle, beng ka uena, bao u kenang sekolo le bona, kapa basebetsi-’moho le uena ba ka ’na ba u khothalletsa ho tlola melao ea Molimo. Ba ka ’na ba re: “Ha ho na motho ea tla tseba hore na u entse’ng. Re tla le nyaea le kolobe.” Ba ka ’na ba tsitlella hore ke booatla ho tšoenyeha ka melao ea boitšoaro ea Bibele hobane Molimo ha a tsotelle hore na u etsa’ng. Ka lebaka la ho tenoa ke hore ha u nahane joaloka bona, ba ka ’na ba etsa sohle se matleng a bona ho u qeta matla.
Ke ’nete hore ha ho bonolo ho mamella khatello e joalo, empa e ka mamelloa. Nahana ka Enoke, motho oa bosupa ka tlhahlamano ho tloha ho Adama. (Juda 14) Ha Enoke a tsoaloa, batho ba bangata ba ne ba feletsoe ke kutlo eohle ea boitšoaro. Lipuo tsa bona li ne li hlabisa lihlong, ’me boitšoaro ba bona bo ne bo ‘tšosa.’ (Juda 15) Ba ne ba itšoere joaloka batho ba bangata ba kajeno.
Enoke o ile a tobana le maemo ao joang? Mehleng ena re thahasella ho tseba karabo ea potso ena. Le hoja ho ne ho bonahala eka ka nako eo Enoke ke eena a le mong lefatšeng ea rapelang Jehova, o ne a se mong. Enoke o ne a tsamaea le Molimo.—Genese 5:22.
Ntho e ka sehloohong bophelong ba Enoke e ne e le ho thabisa Molimo. O ne a tseba hore ho tsamaea le Molimo hase feela ho phela bophelo bo hloekileng boitšoarong. Jehova o ne a lebeletse hore a bolele molaetsa. (Juda 14, 15) Ho ne ho hlokahala hore batho ba lemosoe hore ho ne ho e-na le ea bonang liketso tsa bona tse mpe. Enoke o ile a tsoela pele ho tsamaea le Molimo ka lilemo tse fetang 300—e leng lilemo tse ngata haholo ho feta tseo re li mameletseng. Ho fihlela lefung la hae, o ile a tsoela pele ho tsamaea le Molimo.—Genese 5:23, 24.
Le rona, ho tšoana le Enoke re laetsoe ho bolela molaetsa. (Matheu 24:14) Ntle le ho paka ka ntlo le ntlo, re leka ho bua ka litaba tse molemo le beng ka rona, bao re sebetsang le bona le bao re kenang sekolo le bona. Leha ho le joalo, re ka ’na ra keneloa ke letsoalo ha re lokela ho bua. Na le uena u na le bothata bo joalo? Haeba ho joalo, u se ke oa nyahama. Etsisa mohlala oa Bakreste ba pele ka ho rapella sebete ho Molimo. (Liketso 4:29) Le ka mohla u se ke oa lebala hore hafeela u ntse u tsamaea le Molimo, ha u mong.
Mosali oa Mohlolohali o Fana ka Lijo
Nahana ka mosali e mong oa mohlolohali ea sa boleloang ka lebitso ea ileng a fumana meputso e ’meli ka lebaka la ho fana ka lijo tse fokolang! E ne e se Moiseraele, empa e ne e le molichaba ea phetseng lilemong tsa bo-900 B.C.E. motseng oa Zarefathe. Ha nako e telele ea komello le tlala e le haufi le ho fela, lijo tsa mosali eo oa mohlolohali li ne li le haufi le ho fela. O ne a saletsoe feela ke phofshoana le olinyana tse lekaneng hore a apehe lijo tsa ho qetela tse tla jeoa ke eena le mora oa hae.
Motsotsong ona ho fihla moeti. E ne e le Elia, moprofeta oa Molimo ea ileng a kopa ho ngoatheloa lijonyana tse fokolang tsa mosali enoa oa mohlolohali. Li ne li se li ntse li haella bakeng sa hae le mora oa hae, ka hona ho ne ho se na letho leo a ka le fang moeti. Empa Elia o ile a mo tiisetsa hore ho ea ka lentsoe la Jehova, haeba a ne a ka mo ngoathela, eena le mora oa hae ba ke ke ba bolaoa ke tlala. Ho ile ha e-ba thata ho eena ho lumela hore Molimo oa Iseraele a ka mo bona, eena e le mosali oa mohlolohali oa molichaba. Leha ho le joalo, o ile a kholoa Elia, ka hona Jehova a mo putsa. “Nkho e kholo ea phofo ha ea ka ea fela, le nkho e nyenyane ea oli ha ea ka ea fela, ho ea ka lentsoe la Jehova leo a neng a le buile ka Elia.” Mosali eo le mora oa hae ba ile ba ’na ba fumana lijo ho fihlela tlala e fela.—1 Marena 17:8-16.
Leha ho le joalo, mosali eo oa mohlolohali o ne a letetsoe ke moputso o mong. Nako e itseng ka mor’a mohlolo oo, mora oa hae ea ratoang o ile a kula ’me a shoa. Ka lebaka la ho sareloa Elia o ile a kopa Jehova ka tieo hore a tsose moshemane eo. (1 Marena 17:17-24) Oo e ne e tla ba mohlolo o e-song o ka o bonoa. Ha ho na tlaleho ea motho leha e le ofe ea kileng a tsosoa pele ho moo! Na Jehova o ne a tla boela a bontše mosali eo oa mohlolohali oa molichaba mosa? O ile a fela a etsa joalo. Jehova o ile a fa Elia matla a hore a tsose moshanyana enoa. Hamorao ha Jesu a bua ka mosali enoa ea lehlohonolo o ile a re: “Ho ne ho e-na le bahlolohali ba bangata Iseraele . . . Empa leha ho le joalo Elia [o ile a] romeloa . . . Zarefathe naheng ea Sidone ho mohlolohali e mong.”—Luka 4:25, 26.
Kajeno moruo ha oa tsitsa, esita le linaheng tse ruileng. Ho na le likhoebo tse kholo tse lelekileng basebetsi ba tšepahalang bao e neng e le khale ba le mosebetsing. Ka lebaka la ho tšaba ho lelekoa, Mokreste a ka ’na a lekeha hore a sebetse nako e eketsehileng ka tšepo ea hore k’hamphani ha e na ho mo leleka. Ha a etsa joalo a ka ’na a ba le nako e nyenyane ea ho ea libokeng tsa Bokreste, ho ea tšimong, kapa ho hlokomela lelapa la hae maikutlong le moeeng. Leha ho le joalo, o nahana hore o lokela ho tsoela pele mosebetsing oo ho sa tsotellehe liphello.
Mokreste ea maemong a joalo a thata a lichelete o na le lebaka le utloahalang la ho tšoenyeha. Ho thata ho fumana mosebetsi matsatsing ana. Bongata ba rona ha re batle borui, empa joaloka mosali oa mohlolohali oa Zarefathe, re mpa feela re batla mokhoa oa ho phela. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o re hopotsa hore Molimo o itse: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” Ka kholiseho re ka re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?” (Baheberu 13:5, 6) Pauluse o ne a ikemiselitse ho tela bophelo ba hae ka lebaka la tšepiso eo, ’me kamehla Jehova o ile a mo hlokomela. Le rona Molimo o tla re hlokomela haeba re sa mo furalle.
Re ka ’na ra nahana hore ha ho mohla re ka etsang se tšoanang le seo batho ba tumelo ba kang Moshe, Gideone le Davida ba se entseng, empa re ka etsisa tumelo ea bona. Hape re ka hopola liketso tse bonolo tsa tumelo tse entsoeng ke Abele, Enoke le mosali oa mohlolohali oa Zarefathe. Jehova o rata liketso tsohle tsa tumelo ho sa tsotellehe hore na li nyenyane hakae. Ha seithuti se tšabang Molimo se hana lithethefatsi tse tsoang ho lithaka, ha Mokreste a hana mafereho a bosaoana mosebetsing, kapa ha Paki e seng e holile e e-ba teng libokeng tsa phutheho ho sa tsotellehe mokhathala le ho kula, Jehova oa bona, ’me oa thaba!—Liproverbia 27:11.
Na u Bona se Etsoang ke ba Bang?
E, Jehova o bona seo re se etsang. Kahoo, kaha re baetsisi ba Molimo, ho hlokahala hore re be seli ho bona boiteko ba batho ba bang. (Baefese 5:1) Ke hobane’ng ha u sa iphe nako ea ho bona hore na Bakreste ba bang ba tobana le eng ha ba lokela ho tla libokeng tsa phutheho, ho ba teng tšimong, esita le ho phetha mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi?
Joale, tsebisa barapeli-’moho le uena ba Jehova hore u ananela boiteko ba bona. Ba tla thaba ha u hlokometse sena, ’me ho hlokomela ha hao ho ka ’na ha ba tiisetsa hore Jehova le eena oa bona.
KHAOLO EA 31
O Ile a Bua ka Molimo oa Hae Naheng ea Balichaba
Moroetsanyana ea Ileng a Bua ka Sebete
Tlhaselong e ’ngoe, “moroetsanyana” e mong o ile a arohanngoa ka sehloho le lelapa labo le tšabang Molimo. (2 Marena 5:2) E le motšoaruoa Syria, o ile a qobelloa ho phela har’a batho bao mohlomong a neng a ba tšaba ’me a sa ba tloaela—batho ba neng ba rapela letsatsi, khoeli, linaleli, lifate, limela esita le majoe. Ba ne ba fapane hakaakang le ba lelapa labo le metsoalle, ba neng ba rapela Molimo a le mong oa ’nete, Jehova! Leha ho le joalo, esita le tikolohong ena eo a sa e tloaelang, moroetsanyana enoa o ile a bontša sebete se totobetseng mabapi le borapeli ba Jehova. Ka lebaka leo, o ile a fetola bophelo ba ofisiri e phahameng e neng e sebeletsa tlas’a morena oa Syria. A re ke re boneng hore na joang.
it “Lepera” ¶3-5
Lepera
Mefuta e Fapaneng ea Lepera le Tsela eo le Amang Mokuli ka Eona. Mehleng ena, lepera kapa Hansen’s disease, ha le tšoaetsanoe habonolo hakaalo. Le na le mefuta e meraro. Mofuta oa pele ke lepera le letšo. Ha le tšoere motho le etsa hore letlalo la hae le ruruhe ebile le ka mo ntša likokomete letlalong. Le qala ka ho ama sefahleho ebe le fetela likarolong tse ling tsa ’mele. Le boetse le senya mahanana le qoqotho ea mokuli. Mofuta o mong ke lepera le lesoeu. Ha le kotsi joaloka lepera le letšo ’me lona le ama methapo haholo-holo. Le ka hlaha letlalong kapa la etsa hore letlalo le be bohloko ha motho a le tšoara, empa ka linako tse ling le etsa hore letlalo le be shohlo. Mofuta oa boraro ona, o kopantse matšoao a lepera le letšo le le lesoeu.
Ha lepera le ntse le e-ba lebe le ho feta, libaka tse ruruhileng li qala ho tsoa bolalu, ebe moriri oa mokuli le lintši lia oa, manala a ka tsoa kapa a bola. Ka mor’a moo, menoana ea mokuli, maoto le matsoho, nko kapa mahlo le tsona li ka ’na tsa jeha butle-butle. Qetellong, motho a ka shoa. Ho hlakile hore “lepera” leo ho buuoang ka lona ka Bibeleng e ne e le lefu le bohloko kapa le kotsi haholo ’me re bona seo tseleng eo Arone a ileng a bua ka lona ka eona. Ha a bua ka lona, o ile a re: ‘Karolo e ’ngoe ea nama ea hae e senyehile.’—Nu 12:12.
Tlhaloso ena e re thusa ho utloisisa haholoanyane hore na lefu lena le kotsi hakae le hore re utloisise hore na Uzia o ile a khola litholoana tse bosula hakae ka lebaka la ho ikhohomosa le ho etsa ketso eo a neng a sa lokela ho e etsa ha a ne a chesa libano tempeleng ea Jehova.—2Ma 15:5; 2Kr 26:16-23.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Marena a Bobeli
5:15, 16—Ke hobane’ng ha Elisha a sa ka a amohela mpho ea Naamane? Elisha o ile a hana mpho eo hobane a ne a hlokomela hore mohlolo oa ho phekola Naamane o ne o entsoe ka matla a Jehova, eseng a hae. Ho hang o ne a ke ke a nahana hore a rue ka boemo boo Molimo a mo fileng bona. Kajeno barapeli ba ’nete ha ba sebeletse Jehova e le hore ba rue. Ba nka ka botebo keletso ena ea Jesu: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.”—Matheu 10:8.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Marena a Bobeli
5:18, 19—Na Naamane o ne a kopa tšoarelo hobane a ne a tla lokela ho kopanela ketsong e itseng ea bolumeli? Ho bonahala eka morena oa Syria o ne a tsofetse a bile a fokola ’me o ne a tlameha ho itšetleha ka Naamane. Ha morena a ne a inama ho rapela Rimone, Naamane le eena o ne a inama. Leha ho le joalo, Naamane eena o ne a inama feela ka morero oa ho tšehetsa morena eseng oa ho rapela. Naamane o ne a kopa Jehova hore a mo tšoarele ha a phetha mosebetsi ona oa sechaba. Elisha o ile a kholoa mantsoe a Naamane eaba o re ho eena: “E-ea ka khotso.”
Ke Hobane’ng ha Batho ba Bang ka Bibeleng ba sa Boleloa ka Mabitso?
Bukeng ea Bibele ea Ruthe, monna ea ileng a hana ho phetha boikarabelo ba hae ho latela Molao oa Moshe o bitsoa feela hore ke ’Nyeo. (Ruthe 4:1-12) Na re ka fihlela qeto ea hore batho bohle ba sa boleloang ka mabitso ka Bibeleng, ha baa boleloa ka mabitso hobane e le batho ba babe kapa e se ba bohlokoa?
Che. Nahana ka mohlala o mong. E le hore barutuoa ba hae ba lokisetse lijo tsa Paseka ea hae ea ho qetela, Jesu o ile a ba bolella hore ba ‘kene motseng ba ee ho ’Nyeo [“motho ea itseng,” The New English Bible]’ ’me ba lokise lintho lapeng la hae. (Matheu 26:18) Na re lokela ho nka hore motho eo ea bitsoang “’Nyeo” temaneng eo e ne e le motho ea mobe kapa e ne e se motho oa bohlokoa hakaalo hore a ka boleloa ka lebitso? Ho hang ha ho joalo; ha ho pelaelo hore “motho ea itseng” eo ho buuoang ka eena temaneng eo e ne e le morutuoa oa Jesu. Kaha lebitso la hae e ne e se ntho ea bohlokoa tlalehong eo, ha lea ka la boleloa.
Ho feta moo, Bibele e na le mabitso a batho ba bangata ba khopo; e boetse e na le mehlala ea batho ba bangata ba tšepahalang ba sa boleloang ka mabitso. Ka mohlala, lebitso la mosali oa pele, e leng Eva, le tsebahala haholo. Leha ho le joalo, ka lebaka la boithati ba hae le ho se mamele, o ile a kenya letsoho hore Adama a etse sebe, se ileng sa hlahisetsa batho bohle litholoana tse bosula. (Baroma 5:12) Ho fapana le moo, ha ho na moo Mangolo a bolelang lebitso la mosali oa Noe, empa re hlolloa ke boitelo ba hae, moea oa ho mamela oo a ileng a o bontša ha a ne a tšehetsa monna oa hae mosebetsing oa bohlokoa. Ho hlakile hore taba ea hore ebe ha aa boleloa ka lebitso ha e bontše hore e ne e se motho oa bohlokoa kapa hore Jehova o ne a sa mo amohele.
Ho na le batho ba bang tlalehong ea Bibele ba ileng ba phetha karolo ea bohlokoa—esita le ho bontša sebete—morerong oa Jehova. Nahana ka ngoananyana oa Moiseraele eo e neng e le lekhoba ntlong ea Naamane, molaoli oa lebotho la Syria. O ile a iteta sefuba ’me a bua le mong’a hae, e leng mosali oa Naamane ka moprofeta oa Jehova ea leng Iseraele. Sena se ile sa etsa hore ho be le mohlolo o moholo. (2 Marena 5:1-14) Morali oa moahloli oa Iseraele e leng Jafeta le eena o re behetse mohlala o babatsehang oa ho bontša tumelo. Ka ho rata o ile a tela monyetla oa hore a nyaloe le ho ba le bana e le hore a phethahatse kano eo ntate oa hae a neng a e entse. (Baahloli 11:30-40) Ka ho tšoanang, ho na le baqapi ba lipesaleme tse fetang 40 ba sa boleloang ka mabitso hammoho le baprofeta bao ka botšepehi ba ileng ba phetha mosebetsi oa bohlokoa.—1 Marena 20:37-43.
Mohlomong mohlala o babatsehang le ho feta ke oa mangeloi a tšepahalang. Ho na le mangeloi a limilione tse makholo, empa ke a mabeli feela a boleloang ka mabitso ka Bibeleng—Gabriele le Mikaele. (Daniele 7:10; Luka 1:19; Juda 9) A mang ha a boleloe ka mabitso ka Bibeleng. Ka mohlala, Manooa, e leng ntate oa Samsone, o ile a botsa lengeloi a re: “Lebitso la hao u mang, e le hore ka sebele re tle re u hlomphe ha lentsoe la hao le phethahala?” Lengeloi le ile la re’ng? “Ke hobane’ng ha u botsa ka lebitso la ka?” Ka boikokobetso lengeloi leo le ile la hana ho amohela tlotla e neng e lokeloa ho fuoa Molimo feela.—Baahloli 13:17, 18.
Ha se kamehla Bibele e hlalosang hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba bitsoa ka mabitso ’me ba bang ba sa bitsoe ka mabitso. Empa re ka ithuta thuto ea bohlokoa ho batho ba tšepahalang ba ileng ba sebeletsa Molimo ba sa lebella ho fumana botumo kapa bophahamo.
KHAOLO EA 32
“Jehova, ke Kopa u Etse Hore a Bone”
it “Elisha” ¶2
Elisha
E ne e le mora oa Shafate ebile e le moprofeta oa Jehova lipakeng tsa selemo sa 1 000 le sa 801 pele ho mehla ea Jesu. O ne a hlahlama moprofeta Elia. Pele Elisha e e-ba moprofeta, Jehova o ile a laela Elia hore a e’o mo tlotsa. Elisha o ne a tsoa Abele-mehola. Elia o ile a fumana Elisha a ntse a lema, ’me o ile a lahlela seaparo sa hae se khethehileng holim’a hae, e leng se bontšang hore o mo khethetse ho ba moprofeta oa Jehova. (1Ma 19:16) Elisha o ne a lema ka lipoho tse 24 tse pannoeng ka bobeli, ’me “o ne a tsamaea le tse peli tse qetellang.” Hoa thahasellisa hore ebe lilemong tsa bo-1800, bukeng ea hae ea The Land and the Book (1887, leq. 144), William Thomson o ile a re Maarabo a sebetsa hammoho ka mehoma ea bona e menyenyane, ’me hoo ho ne ho nolofalletsa motho hore a leme tšimo ea hae ka letsatsi. Ka lebaka la hore Elisha o ne a sebetsa a le ka morao, o ne a ka ema a sa sitise mosebetsi hore o tsoele pele. Taba ea hore o ile a etsa sehlabelo ka lipoho tse peli tse qetellang le ho sebelisa lisebelisoa e le libeso, e bontša hore Elisha e ne e le motho ea khonang ho etsa qeto ka potlako ebile e le ea ananelang mosebetsi oo Jehova a mo fileng oona. Ka mor’a ho hlophisa lijo, hang-hang Elisha o ile a latela Elia.—1Ki 19:19-21.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ke hobane’ng ha Elisha a ile a kopa “likarolo tse peli” tsa moea oa Elia?
Nakoana pele Elia a phetha kabelo ea hae e le moprofeta Iseraele, moprofeta Elisha e mocha o ile a mo kopa a re: “Ke kopa hore likarolo tse peli tsa moea oa hao li tle ho ’na.” (2 Marena 2:9) Ha re bua ka tsela ea moea, ho bonahala eka Elisha o ne a batla kabelo e mennoeng habeli e kang e neng e fuoa mora oa letsibolo. (Deuteronoma 21:17) Ho hlahloba ho se hokae tlaleho ena ho tla hlakisa sena le ho re thusa ho bona seo re ka ithutang sona ketsahalong eo.
Tumellanong le tataiso ea Jehova, moprofeta Elia o ne a tlotsitse Elisha hore e be mohlahlami oa hae. (1 Marena 19:19-21) Elisha o ne a sebelelitse e le mohlokomeli ea tšepahalang oa Elia ka lilemo tse ka bang tšelela ’me o ne a ikemiselitse ho etsa sena ho isa qetellong. Esita le letsatsing la ho qetela la Elia e le moprofeta Iseraele, Elisha o ne a ntse a khomaretse mokoetlisi oa hae. Le hoja Elia a ile a phehella Elisha hore a tlohele ho mo sala morao, ka makhetlo a mararo moprofeta eo e mocha o ile a re: “Nke ke ka u tlohela.” (2 Marena 2:2, 4, 6; 3:11) Ha e le hantle, Elisha o ne a nka moprofeta eo ea seng a holile e le ntate oa hae oa moea.—2 Marena 2:12.
Leha ho le joalo, Elisha e ne e se eena feela mora oa Elia oa moea. Elia le Elisha ba ne ba sebetsa hammoho le sehlopha sa banna ba bitsoang “bara ba baprofeta.” (2 Marena 2:3) Tlaleho e ho Marena a Bobeli e bontša hore “bara” bana le bona ba ne ba e-na le maqhama a matla le ntate oa bona oa moea, Elia. (2 Marena 2:3, 5, 7, 15-17) Empa kaha Elisha e ne e le mohlahlami ea tlotsitsoeng, ke eena ea neng a hlaheletse har’a bara ba Elia ba moea—a le joaloka letsibolo. Iseraeleng ea boholo-holo, mora oa letsibolo o ne a fuoa likarolo tse peli tsa lefa la ntat’ae, athe bara ba bang ba ne ba fumana e mong le e mong karolo e le ’ngoe. Kahoo, Elisha o ne a kopa likarolo tse peli tsa lefa la Elia la moea.
Ke hobane’ng ha Elisha a ile a kopa see ka nako eo ka ho khetheha? Hobane o ne a le mothating oa ho qalisa mosebetsi o matla—oa ho ba mohlahlami oa Elia e le moprofeta Iseraele. Elisha o ile a hlokomela hore e le hore a phethahatse boikarabelo bo tsamaisanang le kabelo ena e kholohali, o ne a hloka matla a moea a ka holimo ho seo a ka se khonang, matla ao e leng Jehova feela ea neng a ka fana ka ’ona. O ne a lokela ho ba sebete joaloka Elia. (2 Marena 1:3, 4, 15, 16) Kahoo, o ile a kopa likarolo tse peli tsa moea oa Elia, e leng moea oa ho ba sebete le oa ho ‘boulella Jehova ka ho feletseng’—e leng litšobotsi tsa bohlokoa tse hlahisoang ke moea oa Molimo. (1 Marena 19:10, 14) Elia o ile a arabela joang?
Elia o ne a tseba hore Elisha o kopile ntho e seng matleng a hae empa eo e leng Molimo feela ea nang le tokelo ea ho fana ka eona. Kahoo, ka ho inyenyefatsa Elia o ile a araba ka ho re: “U kopile ntho e thata. Haeba u mpona ha ke tlosoa ho uena, ho tla etsahala ka tsela eo ho uena.” (2 Marena 2:10) Ha e le hantle, Jehova o ile a lumella Elisha hore a bone ha Elia a nyoloha a le sefefong. (2 Marena 2:11, 12) Elisha o ile a fuoa seo a se kopileng. Jehova o ile a mo fa moea oo a neng a o hloka e le hore a qalise mosebetsi oa hae o mocha le hore a tle a tobane le liteko tse tlang.
Kajeno, Bakreste ba tlotsitsoeng (bao ka linako tse ling ba bitsoang sehlopha sa Elisha) le bahlanka ba bang ba Molimo ka kakaretso ba ka fumana khothatso e matla tlalehong ena ea Bibele. Ka linako tse ling, re ka ’na ra ikutloa re sithabetse re bile re sa tšoanelehe ha re fuoa kabelo e ncha, kapa re ka ’na ra haelloa ke sebete sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa rona oa boboleli ba ’Muso ha re tobana le ho iphapanya ho ntseng ho eketseha kapa khanyetso tšimong ea rona. Leha ho le joalo, haeba re kopa Jehova hore a re tšehetse, o tla re fa moea o halalelang ha re o hloka e le hore re tobane le mathata le maemo a fetohang. (Luka 11:13; 2 Bakorinthe 4:7; Bafilipi 4:13) E, feela joalokaha Jehova a ile a matlafatsa Elisha hore a jare boikarabelo bo tomanyana, o tla thusa e mong le e mong oa rona, e monyenyane le e moholo, ho phethahatsa tšebeletso ea rona.—2 Timothea 4:5.
it “Bofofu” ¶6
Bofofu
Elisha o ile a kopa Jehova hore a foufatse masole a Siria. Masole ao a ne a sa foufala ka tsela ea sebele, hobane a ne a ntse a e-na le bokhoni ba ho bona empa likelello tsa ’ona li sa khone ho a bolella seo a se bonang. Haeba masole ao kaofela a ne a foufetse ka tsela ea sebele, a ne a tla lokela ho tataisoa ka matsoho. Empa tlaleho ena e re Elisha o ile a re ho ’ona: “Le tsamaea ka tsela e fosahetseng, ’me ona ha se oona motse oo le o batlang. A re eeng.” William James o ile a re ka mohlolo ona bukeng ea hae ea Principles of Psychology (1981, Vol. 1, leq. 59): “Li-tla-morao tsa lefu lena ke bofofu ba kelello. Sena ha se bolele hore masole ao ha a bone, empa likelello tsa ’ona ha li khone ho a bolella hore na a bona eng. Litsebi tsa kelello ha li hlalosa taba ena, li bontša hore le hoja mahlo a khona ho bona lintho tse itseng, empa boko ha bo khone ho utloisisa hore na ntho eo ke eng. Leihlo le boko ha li sebelisane hantle.” Ho bonahala eka bona ke bofofu boo Jehova a ileng a bo tlosa ho masole a Siria ha a fihla Samaria. (2Ma 6:18-20) Tlaleho e buang ka banna ba Sodoma e bontša hore ka mor’a hore ba foufatsoe, ha baa ka ba tšoenyeha ka taba ea hore ha ba sa khona ho bona, empa ba ile ba ’na ba leka ho fumana monyako oa ntlo ea Lota. Taba ena e bontša hore e ka ’na eaba le bona ba ne ba e-na le bofofu ba kelello.—Ge 19:11.
it “Elisha” ¶27-28
Elisha
Mosebetsi oo a o Entseng. Elisha o ne a se a entse mehlolo e 15 a thusoa ke moea oa Molimo. Empa le ka mor’a hore a shoe, Jehova o ile a mo sebelisa hore a etse mohlolo o mong oa bo16. Elisha o ile a lula a tšepahalla Jehova ho fihlela lefung ’me a amoheloa ke Molimo. Tlaleho ea Bibele e re nako e telele ka mor’a hore Elisha a patoe, ha banna ba bang ba ntse ba pata motho e mong, ba ile ba bona sehlopha sa masole a Bamoabe eaba baa baleha ’me ba lahlela setopo sa monna eo moo Elisha a neng a patetsoe teng. Ha setopo seo se thetsa masapo a Elisha, monna eo ea neng a shoele o ile a phela eaba o ema ka maoto.—2Ma 13:20, 21.
Ho Luka 4:27 Jesu o ile a re Elisha ke moprofeta ’me ha ho potang hore ho Baheberu 11:35 o ne a bua ka Elia le Elisha, hobane bobeli ba bona ba ile ba tsosa bafu. Elia o ile a qala mosebetsi oa hae oa boprofeta nakong eo Iseraele e neng e kene tloara! borapeling ba litšoantšo ba Baale, ’me ho ne ho hlokahala cheseho ho tsosolosa borapeli ba ’nete. O ile a thusa batho ba bangata ho khutlela ho Jehova. Elisha o ile a ntšetsa pele mosebetsi oa Elia, nakong eo mosebetsi oa hae o neng o se na likhanyetso. O ile a qetella mosebetsi oo a ba a bona litholoana tsa oona. Elisha o ile a etsa mehlolo e 16, ha Elia a entse e 8. Joaloka Elia, Elisha o ile a bontša cheseho e matla bakeng sa borapeli ba ’nete le lebitso la Jehova. O ile a bontša mamello, lerato le mosa, ’me a emela lebitso la Jehova ka tieo ebile a sa tsilatsile ho bolella batho ba khopo likahlolo tsa Molimo. O ile a iketsetsa lebitso le letle ’me a balelloa har’a ‘sehlopha se seholo sa lipaki’ seo ho builoeng ka sona ho Baheberu 12:1.
Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo—Uena?
Morena oa Syria o ne a tsoma moprofeta oa Molimo e leng Elisha, ’me o ile a fumana hore o motseng o leralleng oa Dothane, o pota-potiloeng ke marako. Morena oa Syria o ile a romela lipere, likoloi tsa ntoa le mabotho Dothane, bosiu. Ka meso, mabotho a hae a ne a se a lika-likelitse motse oo.—2 Mar. 6:13, 14.
Ha mohlanka oa Elisha a tsoha ’me a tsoela ka ntle, o ile a bona batho ba neng ba batla ho tšoara moprofeta eo. O ile a re: “Oho, mong’a ka! Re tla etsa joang?” Elisha o ile a re: “U se ke oa tšoha, etsoe ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le bona.” Ka mor’a moo, moprofeta eo o ile a rapela a re: “Ka kopo, Jehova, tutubolla mahlo a hae, e le hore a ka bona.” Tlaleho eo e tsoela pele ka ho re: “Kapele-pele Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka eo, hoo a ileng a bona; bonang! sebaka se lithaba se ne se tletse lipere le likoloi tsa ntoa tsa mollo ho pota-pota Elisha ka hohle.” (2 Mar. 6:15-17) Re ka ithuta’ng ketsahalong ee le ho tse ling tse ileng tsa etsahala bophelong ba Elisha?
Elisha o ile a khoba matšoafo ha a ne a qabeletsoe ke Basyria hobane o ne a tšepile Jehova ’me o ile a bona ha Molimo a mo sireletsa. Ha rea lebella mehlolo kajeno, empa rea hlokomela hore Jehova o sireletsa bahlanka ba hae e le sehlopha. Ka tsela e itseng, le rona re lika-likelitsoe ke lipere le likoloi tsa mollo. Haeba re li “bona” ka mahlo a rona a tumelo ’me kamehla re tšepa Molimo, re tla ‘lula re sireletsehile’ ’me Jehova o tla re hlohonolofatsa. (Pes. 4:8) A re ke re hlahlobeng hore na re ka rua molemo joang linthong tse ling tse ileng tsa etsahala bophelong ba Elisha.
ELISHA O QALA HO SEBELETSA ELIA
Ka lekhetlo le leng ha Elisha a ntse a lema tšimong, moprofeta Elia o ile a tla ho eena eaba o lahlela seaparo sa hae se khethehileng holim’a hae. Elisha o ne a tseba hore na seo se bolela’ng. O ile a etsa mokete, a salisa ntate oa hae le ’mè oa hae hantle, eaba o tloha lapeng ho ea sebeletsa Elia. (1 Mar. 19:16, 19-21) Kaha Elisha o ile a lumela ho sebelisoa ke Molimo ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng, e ile ea e-ba sesebelisoa sa Jehova ’me qetellong o ile a sebeletsa e le moprofeta sebakeng sa Elia.
Elisha o ile a sebeletsa Elia mohlomong ka lilemo tse tšeletseng. Nakong eo, Elisha ke eena ‘ea neng a tšela metsi matsohong a Elia.’ (2 Mar. 3:11) Mehleng eo, ka tloaelo batho ba ne ba ja ka matsoho, ho se na lifereko, lithipa kapa lintho tse ling tse sebelisetsoang ho ja. Ka mor’a lijo, mohlanka o ne a tšella mong’a hae metsi hore a hlape. Kahoo, mesebetsi e meng ea Elisha e ne e le e eisehang. Leha ho le joalo, o ne a nka ho sebeletsa Elia e le tlotla.
Ka ho tšoanang le kajeno, Bakreste ba bangata ba kenela mefuta e fapa-fapaneng ea tšebeletso ea nako e tletseng. Ba etsa joalo hobane ba susumetsoa ke tumelo le takatso ea ho sebelisa matla a bona ’ohle hore ba sebeletse Jehova. Mesebetsi e meng e hloka hore ba siee mahae a bona ’me ba sebeletse—Bethele, mesebetsing ea kaho le e meng—eo batho ba bangata ba e khellang fatše. Ha ho Mokreste ea lokelang ho nahana hore tšebeletso e joalo ke ea boemo bo tlase kapa e theolang seriti, kaha Jehova o e nka e le ea bohlokoa haholo.—Baheb. 6:10.
ELISHA O ILE A KHOMARELA MOSEBETSI OA HAE
Pele Molimo a “isa Elia maholimong ka sefefo,” o ile a romela moprofeta ho tloha Gilgale ho ea Bethele. Elia o ile a kopa mohlanka oa hae hore a se ke a tsamaea le eena, empa Elisha o ile a araba a re: “Nke ke ka u tlohela.” Ha ba ntse ba tsoela pele ka leeto, Elia o ile a phehella Elisha hore a sale ka makhetlo a mang a mabeli, empa ha aa ka a lumela. (2 Mar. 2:1-6) Feela joalokaha Ruthe a ile a khomarela Naomi, Elisha le eena o ile a khomarela Elia. (Ruthe 1:8, 16, 17) Hobane’ng? Hobane Elisha o ne a ananela tlotla eo Molimo a neng a mo file eona ea hore a sebeletse Elia.
Elisha o re behetse mohlala o motle. Ha re fuoa mosebetsi o itseng mokhatlong oa Molimo, re tla o nka e le oa bohlokoa haeba re lula re hopola hore re sebeletsa Jehova. Ha ho tlotla e fetang eo.—Pes. 65:4; 84:10.
“KOPA SEO NKA U ETSETSANG SONA”
Ha banna bana ba babeli ba ntse ba tsamaea, Elia o ile a re ho Elisha: “Kopa seo nka u etsetsang sona pele ke tlosoa ho uena.” Feela joalokaha kopo eo Solomone a ileng a e etsa pejana e ile ea bontša hore ke motho oa moea, le ea Elisha e ile ea bontša se tšoanang. O ile a kopa hore ‘likarolo tse peli tsa moea oa Elia li tle ho eena.’ (1 Mar. 3:5, 9; 2 Mar. 2:9) Iseraeleng, mora oa letsibolo o ne a lokela ho fuoa likarolo tse peli tsa lefa. (Deut. 21:15-17) Kahoo, ha e le hantle Elisha o ile a kopa ho ba mojalefa oa lintho tsa moea oa Elia. Ho feta moo, ho hlakile hore Elisha o ne a batla ho ba le sebete se tšoanang le sa Elia, ea ’nileng a “boulella Jehova Molimo . . . ka ho feletseng.”—1 Mar. 19:13, 14.
Elia o ile a arabela kopo ea mohlanka oa hae joang? Moprofeta eo o ile a re: “U kopile ntho e thata. Haeba u mpona ha ke tlosoa ho uena, ho tla etsahala ka tsela eo ho uena; empa haeba u sa mpone, ho ke ke ha etsahala.” (2 Mar. 2:10) Ho bonahala eka karabo ea Elia e ne e e-na le lintlha tse peli tsa bohlokoa. Ea pele, ke Molimo feela ea neng a ka etsa qeto ea hore na Elisha o tla fumana seo a se kopileng kapa che. Ea bobeli, haeba Elisha o ne a tla se fumana, o ne a lokela ho boloka boitlamo ba hae ba hore o tla lula le Elia ho bata kapa ho chesa.
SEO ELISHA A ILENG A SE BONA
Molimo o ile a talima kopo ea Elisha ea ho batla likarolo tse peli tsa moea oa Elia joang? Tlaleho e re: “Eitse ha ba ntse ba tsamaea, ba bua ba ntse ba tsamaea, bonang! koloi ea ntoa ea mollo le lipere tsa mollo, tsa ba arohanya; Elia a nyolohela maholimong ka sefefo. Nakong eo eohle Elisha o ne a ho bona.” Eo e ne e le karabo ea Jehova kopong ea Elisha. Elisha o ile a bona ha Elia a tlosoa ho eena, a amohela likarolo tse peli tsa moea oa Elia, ’me ea e-ba mojalefa oa lintho tsa moea oa moprofeta eo.—2 Mar. 2:11-14.
Elisha o ile a nka seaparo se khethehileng se neng se oele ho Elia ’me a se apara. Joale, seaparo seo se ile sa khetholla Elisha e le moprofeta oa Molimo. Bopaki bo eketsehileng ba hore o khethiloe bo ile ba bonahala hamorao ha a etsa mohlolo oa ho arola metsi a Noka ea Jordane.
Ha ho pelaelo hore Elisha o ile a angoa haholo ke ketsahalo eo a ileng a e bona ea ha Elia a nyoloha ka sefefo. Ho feta moo, ha se kamehla motho a bonang likoloi tsa ntoa tsa mollo le lipere! Li ile tsa fana ka bopaki ba hore ka sebele Jehova o ananetse kopo ea Elisha. Ha Molimo a araba lithapelo tsa rona, ha re bone likoloi tsa ntoa tsa mollo kapa lipere. Empa re ka lemoha hore Molimo o sebelisa matla a maholo ho tiisa hore thato ea hae e ea phethoa. Hape, ha re hlokomela hore Jehova o hlohonolofatsa karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa hae, ha e le hantle re “bona” ha koloi ea hae ea leholimo e tsamaea.—Ezek. 10:9-13.
Elisha o ile a bona lintho tse ngata tse ileng tsa mo kholisa hore Jehova o na le matla a maholo. Ha e le hantle, moea o halalelang oa Molimo o thusitse moprofeta eo ho etsa mehlolo e 16—e leng e menang e entsoeng ke Elia ka makhetlo a mabeli. Lekhetlo la bobeli leo ka lona Elisha a ileng a bona lipere le likoloi tsa ntoa tsa mollo, ke nakong ea tlokotsi e ileng ea etsahala Dothane eo ho builoeng ka eona qalong ea sehlooho sena.
ELISHA O NE A TŠEPILE JEHOVA
Le hoja ba ne ba lika-likelitsoe ke lira Dothane, Elisha o ne a khobile matšoafo. Hobane’ng? Hobane o ne a e-na le tumelo e matla ho Jehova. Le rona re hloka tumelo e joalo. Kahoo, a re rapelleng moea o halalelang oa Molimo e le hore re bontše tumelo le litšobotsi tse ling tsa tholoana ea moea.—Luka 11:13; Bagal. 5:22, 23.
Ketsahalo e etsahetseng Dothane e ile ea boela ea fa Elisha lebaka le utloahalang la ho tšepa Jehova le mabotho a hae a sa bonahaleng a sireletsang. Moprofeta eo o ile a hlokomela hore Molimo o sebelisitse mabotho a mangeloi hore a lika-liketse motse hammoho le batho ba o thibeletseng. Molimo o ile a pholosa Elisha le mohlanka oa hae ka mohlolo ka hore a foufatse ba lireng. (2 Mar. 6:17-23) Nakong eo e thata, Elisha o ile a bontša tumelo ’me a tšepa Jehova ka ho feletseng, feela joalokaha a ile a etsa le makhetlong a mang.
A re tšepeng Jehova Molimo joaloka Elisha. (Liprov. 3:5, 6) Ha re etsa joalo, “Molimo o tla re bontša mohau ’me a re hlohonolofatse.” (Pes. 67:1) Ke ’nete hore ha rea lika-liketsoa ke likoloi tsa mollo le lipere ka tsela ea sebele. Leha ho le joalo, nakong ea “matšoenyeho a maholo” a tlang, Jehova o tla re sireletsa re le mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara. (Mat. 24:21; Tšen. 7:9, 14) Ho fihlela nakong eo, kamehla a re luleng re hopola hore “Molimo ke setšabelo sa rona.”—Pes. 62:8.
[Lebokose le leqepheng la 30]
TSE LING TSA LINYEOE TSE HLOTSOENG MORAO TJENA
243 — Palo ea linyeoe tseo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa li hlola morao tjena lefatšeng ka bophara lekhotleng le phahameng
Fora — Ho lefshoa Liranta tse limilione li 73
Chelete e lefiloeng Lipaki Tsa Jehova ka la 11 December, 2012, ke ’muso oa Fora ka mor’a lilemo tse 15 ho isanoa makhotleng
Greece — Lekhotla la Naha
Ka la 2 November, 2012, Lekhotla la Naha le ile la amohela hore Lipaki Tsa Jehova, e leng bolumeli ba Bakreste bo tsebahalang, bo na le tokelo ea ho ba le libaka tsa borapeli
20 — Linyeoe tse hlotsoeng Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho ho tloha ka April 2000
Korea Boroa — Lekhotla la Litokelo Tsa Botho la Machaba a Kopaneng le Liha Kahlolo
La 25 October, 2012 - Korea Boroa e qobelloa ho lefa ka tsela e loketseng Lipaki Tsa Jehova tse 388 ka lebaka la ho hatakela litokelo tsa tsona tsa botho tsa ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo
KHAOLO EA 33
O Ile a Sireletsa Borena
it “Balebeli ba Bakaria”
Balebeli ba Bakaria
(Bakaria).
Ke sehlopha sa balebeli se ileng sa thusa Jehojada ho tlosa Athalia setulong sa borena le ho hlomamisa Joase hore e be morena oa Juda.—2Ma 11:4, 13-16, 19.
Litsebi tse ngata tsa Bibele li nahana hore Bakaria ke lebitso le leng la balebeli ba Bakerethe, bao ho thoeng ba ne ba sebetsa sesoleng sa Davida le Solomone. Litsebi tse ling, li re Bakerethe ba ne ba sebetsa e le balebeli ba khethehileng ba marena ana a mabeli. (2Sa 8:18; 1Ma 1:38; 1Kr 18:17) Taba ea hore balebeli ba Bakaria ke Bakerethe e boetse e tiisoa ke taba ea hore lingoloa tsa Masorete li sebelisitse mantsoe “Balebeli ba Bakaria” lengolong la 2 Samuele 20:23, empa litšupiso tsa temana eo hammoho le meqolo e mengata ea Seheberu e sebelisitse lentsoe “Bakerethe.”
Ho na le setereke se seng sa khale sa Karia se karolong e ka boroa-bophirimela ho Asia Minor. Ezekiele 25:16 le Sofonia 2:5 li amahanya Bakerethe le Bafilista ebile phetolelo ea Segerike ea Septuagint ea litemana tsena e sebelisitse “Bakereta” ho e-na le Bakerethe. Batho ba bang ba nahana hore mohlomong balebeli ba Bakaria, ha e le hantle ba hlaha seterekeng sa Karia tseleng e eang Krete.
“Moqhaka le Bopaki”
Kahoo ke hobane’ng—hona ke joang—moprista e moholo a ileng a “beha” Bopaki holim’a morena e monyenyane? Nahana ka se hlokometsoeng ke setsebi sa Lejeremane Otto Thenius: “Molao, buka eo litaelo tsa molao oa Moshe li neng li tlalehiloe ho eona. Li ile tsa behoa ka tšoantšetso holim’a hlooho ea morena, ka mor’a hore a roesoe moqhaka.” (Die Bücher der Könige) Ka mokhoa o tšoanang, Moprofesa Ernst Bertheau oa lemoha: “Ho behoa ha Molao [holim’a morena] ka sebele ke ka kutloisiso ea tšoantšetso, hore morena o ne a tlamehile ho busa tumellanong le oona.”—Die Bücher der Chronik.
Molimo o laetse hore ha morena a nka setulo sa hae teroneng, o lokela ho ingolla kopi ea Molao, a ithute oona le ho o sebelisa bophelong bohle ba hae. (Deuteronoma 17:18-20) Ho beha “Bopaki” holim’a morena e mocha e ka ’na eaba e bile ketso e khutšoanyane ea tšoantšetso e hlalosang hore le hoja joale e ne e le morena, o ne a se ka holim’a Molao oa Jehova. Ka bomalimabe, ka mor’a lefu la moprista e moholo Jehojada, Joase o ile a lebala thuto ena ea bohlokoa ’me butle-butle a tlohela borapeli ba Jehova, qetellong a shoella matsohong a babolai.—2 Likronike 24:17-25.
it “Joase” No. 1 ¶5
Joase
Ntlo ea Jehova e ne e le maemong a sa jeseng litheohelang ’me e hloka ho lokisoa hobane e ne e se e le ea khale haholo (e ne e se e e-na le lilemo tse fetang 150) hape e ne e na le nako e telele e sa hlokomeloe, e senyehile ebile ho na le batho ba nkileng lintho tse neng li le ka har’a eona nakong ea puso ea Athalia. Kahoo, Joase o ile a re Balevi ba ee motseng o mong le o mong o Juda, e le hore ba bokelle chelete bakeng sa ho tsosolosa ntlo. Leha ho le joalo, Balevi ha ba aa ka ba mo mamela ’me ba ile ba etsa lintho ka monyebe hoo mosebetsi o sa kang oa tsoela pele. (2Ma 12:4-8; 2Kr 24:4-7) Ka lebaka leo, ka mor’a nako o ile a kopa batho ba bang hore ba bokelle chelete ’me ba etse mosebetsi oa ho tsosolosa ntlo ea Jehova. Batho bao ba ile ba mo mamela ’me ba etsa mosebetsi oo ba ba ba o qeta.—2Ma 12:9-16; 2Kr 24:8-14.
“mora oa Barakia” tlhaloso ea mantsoe ea Mat. 23:35, nwtsty
mora oa Barakia: Lengolong la 2Kr 24:20, Zakaria eo ho buuoang ka eena moo ke “mora oa moprista Jehojada.” Ho bonahala eka Jehojada o ne a e-na le mabitso a mabeli, joaloka batho ba bang ba hlahang ka Bibeleng (bapisa Mat 9:9 le Mar 2:14), kapa ho ka etsahala hore Barakia e ne e le ntate-moholo oa Zakaria kapa moholo-holo oa hae.
Joase o Ile a Furalla Jehova ka Lebaka la Metsoalle e Mebe
Ruta Bana ba Hao
E NE e le nako ea mahlomola Jerusalema, motse oo tempele ea Molimo e neng e le ho oona. Morena Akazia o ne a sa tsoa bolaoa. Ho thata ho lumela seo ’mè oa morena Akazia, e leng Athalia, a ileng a se etsa. O ile a bolaea bana ba Akazia—e leng litloholo tsa hae! Na oa tseba hore na ke hobane’ng ha a ile a etsa seo?— O ne a batla hore ho buse eena, eseng e mong oa litloholo tsa hae.
Leha ho le joalo, setloholo se seng sa Athalia, e leng leseanyana Joase, se ile sa pholosoa ’me nkhono oa hae o ne a sa tsebe letho ka taba eo. Na u batla ho tseba hore na o ile a pholosoa joang?— Lesea leo le ne le e-na le rakhali ea bitsoang Josheba, ea ileng a pata Joase tempeleng ea Molimo. O ile a khona ho etsa sena hobane monna oa hae, Jehojada, e ne e le Moprista ea Phahameng. Ka hona, ba ile ba tiisa hore Joase oa sireletseha.
Joase o ile a patoa tempeleng ka lilemo tse tšeletseng. Ha a le moo, o ile a rutoa lintho tsohle ka Jehova Molimo le melao ea hae. Qetellong ha Joase a tšoara selemo sa bosupa, Jehojada o ile a nka khato ea ho beha Joase boreneng. Na u ka rata ho tseba hore na Jehojada o ile a etsa see joang, le hore na ho ile ha etsahala’ng ka nkhono oa Joase, e leng Mofumahali Athalia ea khopo?—
Jehojada o ile a bokella balebeli ba khethehileng ka sekhukhu, ba neng ba sebeletsa marena a Jerusalema mehleng eo. O ile a ba bolella hore na eena le mosali oa hae ba pholositse mora oa Morena Akazia joang. Ho tloha moo Jehojada o ile a hlahisa Joase ho balebeli bao ba ileng ba mo nka e le eena morena ea loketseng. Joale ba ile ba rera hore na ba tla etsa’ng.
Jehojada o ile a ntšetsa Joase ka ntle ’me a mo hlomamisa boreneng. Ka nako eo, batho ba “qala ho opa liatla ba re: ‘Morena a ke a phele!’” Balebeli ba ne ba pota-potile Joase ho mo sireletsa. Ha Athalia a utloa mehoo ena ea thabo, a tsoa eaba o re ke morero oa bolotsana. Empa Jehojada a laela hore balebeli ba bolaee Athalia.—2 Marena 11:1-16.
Na u nahana hore Joase o ile a tsoela pele a mamela Jehojada, a ba a ’na a etsa se lokileng?— O ile a etsa joalo ha Jehojada a ntse a phela. Joase o ile a ba a tiisa hore batho ba ntša chelete e le hore ho lokisoe tempele ea Molimo, eo ntate oa hae, Akazia, le ntate-moholo oa hae, Jorame, ba neng ba sa e tsotelle. Empa a re boneng hore na ho ile ha etsahala’ng ha Moprista e Moholo Jehojada a e-shoa.—2 Marena 12:1-16.
Ka nako eo, Joase o ne a ka ba lilemo li 40. Ho e-na le hore a ’ne a tloaelane le batho ba sebeletsang Jehova, Joase o ile a tloaelana le batho ba rapelang melimo ea bohata. Ka nako eo, Zakaria, e leng mora oa Jehojada, e ne e se e le eena moprista oa Jehova. U nahana hore Zakaria o ile a etsa’ng ha a utloa ka lintho tse mpe tseo Joase a neng a se a li etsa?—
Zakaria o ile a bolella Joase: “Kahobane [u] tlohetse Jehova, le eena o tla [u] tlohela.” Mantsoe ao a ile a halefisa Joase hoo a ileng a laela hore Zakaria a tlepetsoe ka majoe. Ak’u nahane feela—Joase o ne a ile a pholosoa matsohong a ’molai, empa joale eena o bolaea Zakaria!—2 Likronike 24:1-3, 15-22.
Na oa bona hore na re ithuta’ng paleng ee?— Le ka mohla re ke ke ra batla ho tšoana le Athalia ea neng a tletse lehloeo a bile a le khopo. Ho e-na le hoo, joalokaha Jesu a re rutile, re lokela ho rata barapeli-’moho le rona, haesitana le lira tsa rona. (Matheu 5:44; Johanne 13:34, 35) Hape hopola hore ha re qala ho etsa lintho tse nepahetseng joaloka Joase, re lokela ho lula re e-na le metsoalle e ratang Jehova le e re khothalletsang hore re mo sebeletse.
Menehelo e Thabisang Pelo ea Molimo
ENA ha se pale e monate. Mofumahali Athalia o ne a inketse borena ba Juda ka bolotsana le ka polao. A ile le khongoana holimo a nka hore bana bohle bao e neng e le majalefa boreneng ba bolailoe, o ile a ipeha hore e be mofumahali. Empa mosali e mong, khosatsana Josheba, ea neng a rata Jehova haholo le Molao oa hae, o ile a iteta sebete hore a pate ngoana oa moreneng, e leng lesea Joase. Josheba le monna oa hae, Moprista ea Phahameng Jehojada, ba ile ba pata mojalefa eo ka lilemo tse tšeletseng moo ba neng ba lula teng tempeleng.—2 Marena 11:1-3.
Ha Joase a le lilemo li supileng, Moprista ea Phahameng Jehojada, o ne a se a itokiselitse ho qala morero oa hae oa ho tlosa mofumahali enoa ea neng a inketse borena ka bolotsana. O ile a ntša moshemane enoa eo a neng a mo patile ’me a mo beha boreneng e le eena mojalefa ea loketseng. Joale balebeli ba morena ba hulanyetsa Mofumahali Athalia ea khopo ka ntle ho mabala a tempele eaba baa mo bolaea, ’me sechaba sa khatholoha sa ba sa thaba haholo. Ka liketso tsa bona, Jehojada le Josheba ba ile ba thusa haholo hore borapeli ba ’nete bo tsosolosoe naheng ea Juda. Empa habohlokoa le ho feta ke hore ba ile ba thusa hore lesika la borena ba Davida le ’ne le tsoele pele, e leng leo Mesia a neng a tla hlaha ho lona.—2 Marena 11:4-21.
Morena ea sa tsoa behoa le eena o ne a lokela ho etsa tlatsetso ea bohlokoa e neng e tla thabisa pelo ea Molimo. Ntlo ea Jehova e ne e le boemong bo bobe, ho hlokahala hore e lokisoe. Takatso e feteletseng ea Athalia ea hore e be eena feela ea busang Juda ha ea ka ea fella feela ka hore tempele e hlokomolohuoe empa e ile ea fella le ka hore e tlatlapuoe. Kahoo Joase o ile a ikemisetsa ho haha tempele bocha le ho e tsosolosa. Ntle le ho senya nako, o ile a laela hore ho bokelloe chelete e hlokahalang hore ntlo ea Jehova e tsosolosoe. O ile a re: “Chelete eohle ea linyehelo tse halalelang e tlisoang ntlong ea Jehova, chelete eo e mong le e mong a lekanngoang ka eona, chelete ea meea ho ea ka ho lekanngoa ha motho ka mong, chelete eohle eo ho tsoang pelong ea e mong le e mong hore a e tlise ntlong ea Jehova, baprista ba inkele eona, e mong le e mong ho eo a mo tloaetseng; ba lokise matlere a ntlo kae kapa kae moo letlere le fumanoang teng.”—2 Marena 12:4, 5.
Batho ba ile ba ntša monehelo ka ho rata. Leha ho le joalo, baprista ba ne ba sa etse mosebetsi oa bona ka pelo eohle ha ba lokisa tempele. Kahoo, morena a etsa qeto ea hore a hlokomele mosebetsi ka boeena ’me a laela hore menehelo eohle e kenngoe ka ho toba lebokoseng le khethehileng. O ile a beha Jehojada hore a ikarabelle mosebetsing oo, ’me tlaleho e re: “Joale moprista Jehojada a nka lebokose a le phunya lesoba sekoahelong ’me a le beha ka thoko ho aletare lehlakoreng le letona ha motho a kena ka tlung ea Jehova, ’me moo baprista, balebeli ba menyako, ba kenya chelete eohle e neng e tlisoa ka tlung ea Jehova. E ne e re hang ha ba bona hore ho na le chelete e ngata ka lebokoseng, mongoli oa morena le moprista ea phahameng ba ne ba tla, ’me ba ne ba le phuthela ’me ba bala chelete e neng e fumanoa ntlong ea Jehova. Ba nehelana ka chelete e neng e baliloe matsohong a baetsi ba mosebetsi ba neng ba behiloe ntlong ea Jehova. Le bona ba e lefa ba sebetsang ka lehong le lihahi tse neng li sebetsa ntlong ea Jehova, le ba hahang ka lejoe le babetli ba majoe, ’me ba reka lifate le majoe a betliloeng bakeng sa ho lokisa matlere a ntlo ea Jehova le bakeng sa sohle se neng se sebelisitsoe bakeng sa ho lokisa ntlo.”—2 Marena 12:9-12.
Batho ba ile ba kena khabong ka lipelo tsohle tsa bona. Ntlo ea Jehova ea borapeli e ile ea tsosolosoa e le hore borapeli ba hae bo tsoele pele ka mokhoa o hlomphehang. Kahoo, lichelete tsohle tse fanoeng e le monehelo li ile tsa sebelisoa ka tsela e loketseng. Morena Joase o ile a tiisa hore seo sea etsahala!
Kajeno, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang o ela hloko hore menehelo eohle e fanoang e sebelisoa ka tsela e loketseng ho ntšetsa pele borapeli ba Jehova, ’me Bakreste ba ’nete ba nkile bohato ka lipelo tsohle tsa bona, ka tsela e tšoanang le eo Baiseraele ba boholo-holo ba ileng ba nka bohato ka eona. Mohlomong u e mong oa ba ileng ba fana ka monehelo hore ho ntšetsoe pele mesebetsi e amanang le ’Muso selemong se fetileng sa tšebeletso. A re hlokomele tse ling tsa litsela tseo menehelo ea hao e ’nileng ea sebelisoa ka tsona.
KHAOLO EA 34
“O Ile a Lula a Tšepahalla Jehova”
Re u Lome Tsebe?
Na mabitso a ngotsoeng litiisong tsa letsopa tsa boholo-holo a lumellana le a boletsoeng ka Bibeleng?
▪ Mehleng ea boholo-holo, batho ba sebetsanang le litokomane tsa molao ba ne ba li etsa meqolo ebe ba li tlama ka khoele, ba ntan’o beha polokoenyana ea letsopa lefitong, ebe ba e tempa ka tiiso. Ba ne ba sebelisa tiiso e nang le mengolo bakeng sa ho tekena, ho paka kapa ho hlapantša hore litokomane tse itseng ke tsa sebele.
Ka linako tse ling ho ne ho etsoa lesale la tiiso ’me le ne le nkoa e le ntho ea bohlokoa haholo. (Genese 38:18; Esthere 8:8; Jeremia 32:44) Hangata tiiso e ne e e-ba le lebitso la mong’a eona, boemo ba hae hammoho le lebitso la ntate oa hae.
Bafuputsi ba fumane mengolo e mengata-ngata ea litiiso tsa boholo-holo. E meng ea eona e na le mabitso a batho ba boletsoeng ka Bibeleng. Ka mohlala, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane mengolo eo ho lumeloang hore e ne e le ea litiiso tsa marena a mabeli a Juda. O mong o na le mantsoe a reng: “Ke ea Akaze [mora oa] Yehotam [Jothame], Morena oa Juda.” O mong oona o re: “Ke ea Ezekiase [mora oa] Akaze, Morena oa Juda.” (2 Marena 16:1, 20) Akaze le Ezekiase ba ile ba busa lekholong la borobeli la lilemo B.C.E.
Morero oa Jehova Khahlanong le Lichaba
4 Tlhokomelo e lebisoa ho Bafilista pele. “Ka selemo seo Morena Akaze a shoeleng ka sona ha hlaha phatlalatso ena: ‘U se ke oa thaba, Uena Filistia, mang kapa mang ea ho uena, kahobane feela lere la ea u otlang le robehile. Etsoe motsong oa noha ho tla tsoa noha e chefo, ’me litholoana tsa eona e tla ba noha ea mollo e fofang.’”—Esaia 14:28, 29.
5 Morena Uzia o ne a le matla ka ho lekaneng hore a thibele tšokelo e neng e hlahisoa ke Filistia. (2 Likronike 26:6-8) Ho bona, o ne a tšoana le noha, ’me lere la hae le ile la ’na la otla moahisani eo ea tletseng bora. Ka mor’a lefu la Uzia—‘lere la hae le ile la robeha’—Jothame ea tšepahalang o ile a busa, empa “batho ba ne ba sa ntse ba etsa ka mokhoa o senyang.” Ka mor’a moo, Akaze e ile ea e-ba morena. Lintho li ile tsa fetoha, ’me Bafilista ba atleha ho hlasela Juda ka ntoa. (2 Likronike 27:2; 28:17, 18) Leha ho le joalo, lintho li boetse lia fetoha joale. Ka 746 B.C.E., Morena Akaze oa shoa ’me Ezekiase e monyenyane o lula teroneng. Haeba Bafilista ba nahana hore lintho li tla tsoela pele ho ba tsamaela hantle, ba fositse ka ho feletseng. Ezekiase o ipaka e le sera se bolaeang. Setloholo sa Uzia (‘tholoana’ e tsoang “motsong” oa hae), Ezekiase, se tšoana le “noha e fofang ea mollo”—se potlakela ho hlasela, se otla joaloka lehalima ’me se hlaba habohloko, joalokaha eka se tšela liphofu tsa sona mahloko a noha.
6 Ena ke tlhaloso e loketseng ka morena e mocha. “Ke [Ezekiase] ea ileng a bolaea Bafilista ho ea fihla Gaza le libakeng tsa eona.” (2 Marena 18:8) Ho latela litlaleho tsa histori ea Morena Sankeribe oa Assyria, Bafilista e ba bafo ba Ezekiase. “Ba tlase”—e leng ’muso oa Juda o seng o fokola—ba thabela tšireletseho le nala, ha Filistia e qetoa ke tlala.—Bala Esaia 14:30, 31.
Buka eo u ka e Tšepang—Karolo ea 2
Ka 740 B.C.E., Assyria e ile ea hapa Samaria, e leng motse-moholo oa ’muso o ka leboea oa Iseraele ’me ea isa batho ba eona botlamuoeng. Lilemo tse robeli hamorao, Assyria e ile ea futuhela Juda. (2 Marena 18:13) Morena Sankeribe oa Assyria o ile a laela Morena Ezekiase oa Juda hore a ntše sethabathaba sa litalenta tse 30 tsa khauta le litalenta tse 300 tsa silevera. Tlaleho ea Bibele e bontša hore sethabathaba sena se ile sa lefshoa. Leha ho le joalo, Sankeribe o ile a tsitlella hore motse-moholo oa Juda, e leng Jerusalema, le oona o inehele ka ho feletseng ho eena.—2 Marena 18:9-17, 28-31.
Ninive, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane tlaleho ea liketsahalo tse tšoanang le tse buang ka Sankeribe. Mantsoeng a ngotsoeng letlapeng la letsopa le nang le mahlakore a tšeletseng, morena eo oa Assyria o ithorisa ka ho re: “Ha e le Ezekiase, Mojuda, ha aa ka a ikokobelletsa joko ea ka, ke ile ka thibella metse ea hae e 46 e matla, e nang le liqhobosheane le metsana e haufi le eona e mengata ’me ka e hapa . . . Eena [Ezekiase] ka mo etsa motšoaruoa Jerusalema, sebakeng sa hae sa borena, joaloka nonyana e koaletsoeng.” Sankeribe a ntan’o bolela hore Ezekiase o ile a mo romela “litalenta tse 30 tsa khauta, tse 800 tsa silevera, majoe a bohlokoa, . . . (le) matlotlo a mefuta eohle a bohlokoa,” kahoo a feteletsa palo ea litalenta tsa silevera tseo a ileng a li fumana.
Leha ho le joalo, hlokomela hore Sankeribe ha a re o ile a hapa Jerusalema. Ha e le hantle, ha a re letho mabapi le kamoo lebotho la hae le ileng la hloloa habohloko kateng ha Molimo a ne a kenella. Ho ea ka Bibele, lengeloi la Molimo le ile la bolaea masole a 185 000 a Assyria ka bosiu bo le bong. (2 Marena 19:35, 36) Setsebi Jack Finegan o re: “Ha ho shejoa tsela eo marena a Assyria a neng a ithorisa ka eona litlalehong tse ngotsoeng, ho hang ho ne ho ke ke ha lebelloa hore Sankeribe a tlalehe ho hloloa ho joalo.”
Re u Lome Tsebe?
Na ruri Morena Ezekiase ke eena ea hahileng kotopo e kenang Jerusalema?
Ezekiase e ne e le morena oa Juda ho elella mafelong a lekholo la borobeli la lilemo B.C.E., nakong eo Juda e neng e loana le ’muso o matla oa Assyria. Bibele e re bolella hore o ile a ikitlaelletsa ho sireletsa Jerusalema le metsi a eona. Har’a lintho tseo a ileng a li haha e bile kotopo, kapa thanele e bolelele ba limithara tse 533 eo metsi a liliba a neng a tlisoa ka eona motseng.—2 Marena 20:20; 2 Likronike 32:1-7, 30.
Ho ile ha sibolloa kotopo e joalo lekholong la bo19 la lilemo. E ile ea tsejoa e le Kotopo ea Ezekiase, kapa Kotopo ea Siloame. Ka har’a kotopo eo ho ile ha fumanoa mongolo o hlalosang karolo ea ho qetela ea ha e ne e chekoa. Sebopeho sa litlhaku tsa mongolo oo se ile sa etsa hore litsebi tse ngata li fihlele qeto ea hore ke oa mehleng ea Ezekiase. Leha ho le joalo, lilemong tse leshome tse fetileng ba bang ba ile ba re ba nahana hore kotopo eo e hahiloe hoo e ka bang lilemo tse 500 hamorao. Ka 2003, moifo oa bo-rasaense ba Iseraele o ile oa phatlalatsa seo o se fumaneng ha o ne o etsa lipatlisiso mabapi le hore na ebe kotopo eo e hahiloe neng. O ile oa fihlela qeto efe?
Dr. Amos Frumkin oa Univesithi ea Seheberu e Jerusalema, o re: “Liteko tseo re ileng ra li etsa ka carbon-14 linthong tse phelang tse fumanoeng seretseng se litseng Kotopo ea Siloame, hammoho le uranium-thorium e fumanoeng majoeng a leketlileng ka kotopong eo a bakiloeng ke metsi a rothang, li bontša hantle hore e hahiloe mehleng ea Ezekiase.” Sehlooho se seng sa saense se hatisitsoeng koranteng ea Nature, se re: “Bopaki bo tsoang mehloling e meraro—e leng tsela ea ho fumana nako eo ntho e etsahetseng ka eona ka ho hlahloba ho bola ha metsoako e ntšang mahlaseli a kotsi, litlhahlobo tse entsoeng mengolong ea boholo-holo hammoho le tlaleho ea histori—kaofela bo lumellana ka nako e le ’ngoe, e leng hoo e ka bang ka 700 BC ’me sena se etsa hore Kotopo ea Siloame e be oona feela mohaho o hlahang ka Bibeleng oa Mehleng ea Tšepe o ntseng o le teng le kajeno.”
Se Emeloang ke Balisa ba Supileng le Babusisi ba Robeli Kajeno
9 Tumellanong le seo Esaia a se boletseng, Baassyria ba ile ba hapa ’muso oa Iseraele o ka leboea ’me ba isa baahi ba eona botlamuoeng, kahoo ba nyopisa morero oa Iseraele oa ho beha morena e mong ka likhoka teroneng ea Davida. Empa Baassyria ba ne ba ikemiselitse ho etsa’ng? Ho hlasela Juda. “Ka selemo sa leshome le metso e mene sa Morena Ezekiase, Sankeribe morena oa Assyria a futuhela metse eohle ea Juda e etselitsoeng liqhobosheane ’me a e hapa.” Tlaleho e bontša hore Sankeribe o ile a hapa metse e 46 ea Juda. Ak’u nahane hore na u ka be u ile oa ikutloa joang haeba u ne u lula Jerusalema ka nako eo. Lebotho la Assyria le ile la hlasela ’me la hapa metse e ’maloa ea Juda!—2 Mar. 18:13.
10 Ho hlakile hore Ezekiase o ne a bona tlokotsi e ba tlelang, empa ho e-na le hore a kope thuso sechabeng sa bahetene joaloka ntat’ae Akaze oa mokoenehi, o ile a tšepa Jehova. (2 Likron. 28:20, 21) E ka ’na eaba o ne a tseba se builoeng ke moprofeta Mikea, ea phetseng mehleng ea hae, ea ileng a bolela se latelang esale pele ka Assyria: “Ha e le Moassyria, . . . re tla lokela ho hlahisa khahlanong le eena balisa ba supileng, e, babusisi ba robeli ba moloko oa batho. Ba tla lisa naha ea Assyria ka sabole.” (Mik. 5:5, 6) E tlameha ebe mantsoe ana a bululetsoeng a ile a khothatsa Ezekiase, kaha a bontša hore lebotho le ikhethang le ne le tla ema khahlanong le Baassyria le hore le ne le tla hlola bahatelli bao ba sehloho.
11 Boprofeta bo buang ka balisa ba supileng le babusisi ba robeli (“likhosana,” The New English Bible) bo ne bo tla phethahala ka tsela e ikhethang, nako e telele ka mor’a tsoalo ea Jesu, “eo lesika la hae le tsoang linakong tsa pele.” (Bala Mikea 5:1, 2.) Sena se ne se tla etsahala nakong eo ka eona batho ba Jehova ba sokeloang ke “Moassyria” oa kajeno. Jehova ka Mora oa hae ea busang hona joale, o tla sebelisa lebotho lefe ho ema khahlanong le sera see se tšabehang? Re tla boka ha li oroha. Empa pele ho moo, a re ke re hlahlobeng seo re ithutang sona bohatong boo Ezekiase a ileng a bo nka ha a tobane le tšokelo ea Baassyria.
EZEKIASE O NKA KHATO E LOKETSENG
12 Jehova o lula a ikemiselitse ho re etsetsa lintho tseo re hlolehang ho iketsetsa tsona, empa o lebeletse hore re etse seo re khonang ho se etsa. Ezekiase o ile a buisana le “likhosana tsa hae le banna ba hae ba matla,” ’me ba etsa qeto ea hore “ba thibe metsi a liliba tse neng li le ka ntle ho motse . . . Ho feta moo, [Ezekiase] a ba sebete ’me a haha lerako kaofela le helehileng le ho emisa litora holim’a lona, ’me ka ntle a haha lerako le leng, . . . ’me a etsa marumo a mangata le lithebe.” (2 Likron. 32:3-5) E le hore Jehova a hlokomele sechaba sa hae le ho se alosa ka nako eo, o ile a sebelisa banna ba ’maloa ba sebete, e leng Ezekiase, likhosana tsa hae le baprofeta ba matla moeeng.
13 Ka mor’a moo, Ezekiase o ile a etsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta ho thiba metsi a liliba kapa ho tiisa marako a motse. Kaha Ezekiase e ne e le molisa ea tsotellang, o ile a bokella sechaba ’me a se khothatsa moeeng ka mantsoe ana a reng: “Le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo ka lebaka la morena oa Assyria . . . , etsoe ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le eena. Se nang le eena ke letsoho la nama, empa ea nang le rona ke Jehova Molimo oa rona ho re thusa le ho loana lintoa tsa rona.” Ka sebele ena ke khopotso e matlafatsang tumelo—ea hore Jehova o tla loanela batho ba hae! Ha Bajuda ba utloa seo, “ba qala ho itšetleha ka mantsoe a Ezekiase morena oa Juda.” Ela hloko hore ke “mantsoe a Ezekiase” a ileng a khothatsa sechaba. Eena le likhosana tsa hae hammoho le banna ba hae ba matla, haesita le moprofeta Mikea le moprofeta Esaia, e ile ea e-ba balisa ba molemo, feela joalokaha Jehova a ne a boletse esale pele ka moprofeta oa hae.—2 Likron. 32:7, 8; bala Mikea 5:5, 6.
14 Morena oa Assyria o ile a hloma liahelo Lakishe, ka boroa-bophirimela ho Jerusalema. Ha a le moo, o ile a romela manģosa a mararo, ’me a laela baahi hore ba inehele. ’Muelli oa hae ea neng a bitsoa Rabshake, o ile a sebelisa maqiti a sa tšoaneng. A bua ka Seheberu, o ile a phehella sechaba hore se tsoe morena tlase ’me se ikokobeletse Baassyria, a se tšepisa hore o tla se isa naheng eo se tla phela hamonate ho eona. (Bala 2 Marena 18:31, 32.) Ka mor’a moo, Rabshake o ile a re feela joalokaha melimo ea lichaba e sitiloe ho sireletsa barapeli ba eona, Jehova le eena o tla sitoa ho pholosa Bajuda litleneng tsa Baassyria. Empa sechaba se ile sa etsa ka bohlale, kaha ha sea ka sa leka ho araba leshano leo, e leng seo le kajeno bahlanka ba Jehova ba atisang ho se etsa.—Bala 2 Marena 18:35, 36.
15 Ke ho utloahalang hore ebe Ezekiase o ile a ferekana, empa ho e-na le hore a kope thuso ’musong o mong, o ile a bitsa Esaia. Esaia o ile a re ho Ezekiase: “[Sankeribe] a ke ke a kena motseng ona leha e le hore o tla fula motsu moo.” (2 Mar. 19:32) Sohle seo baahi ba Jerusalema ba neng ba lokela ho se etsa ke hore ba eme ba tiile. Jehova o ne a tla loanela Juda. ’Me o ile a fela a e loanela! “Bosiung boo lengeloi la Jehova la tsoa ’me la bolaea ba likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e mehlano liahelong tsa Baassyria.” (2 Mar. 19:35) Juda ha e ea ka ea pholosoa ke hore ebe Ezekiase o ne a thibile metsi a liliba kapa a tiisitse marako a motse, empa e ile ea pholosoa ke Molimo.
SEO RE ITHUTANG SONA KAJENO
16 Boprofeta bo buang ka balisa ba supileng le babusisi ba robeli bo phethahala haholo mehleng ena ea rona. Baassyria ba ile ba hlasela baahi ba Jerusalema ea boholo-holo. Haufinyane, batho ba Jehova bao ho bonahalang eka ba sitoa ho itšireletsa ba tla hlaseloa ke “Moassyria,” ka sepheo sa ho ba felisa. Mangolo a bua ka tlhaselo eo le ka tlhaselo ea ‘Gogo oa Magogo,’ tlhaselo ea “morena oa leboea” le tlhaselo ea “marena a lefatše.” (Ezek. 38:2, 10-13; Dan. 11:40, 44, 45; Tšen. 17:14; 19:19) Na see se bolela hore ke litlhaselo tse sa tšoaneng? Mohlomong ha ho joalo. Bibele e ka ’na ea bua ka tlhaselo e le ’ngoe empa e sebelisa mabitso a sa tšoaneng. Boprofeta ba Mikea bo bontša hore Jehova o ne a tla sebelisa ‘sebetsa’ sefe khahlanong le sera seo se lonya, e leng “Moassyria”? O tla sebelisa sebetsa se sa tloaelehang—e leng “balisa ba supileng, e, babusisi ba robeli”! (Mik. 5:5) Balisa le babusisi (kapa “likhosana,” NEB) lebothong lena le ikhethang ke baholo ba phutheho. (1 Pet. 5:2) Ka sebele, Jehova o fane ka banna ba bangata ba moea e le hore ba alose linku tsa hae tseo a li ratang le ho matlafatsa batho ba hae e le hore ba tle ba tobane le tlhaselo ea “Moassyria” oa kajeno. Boprofeta ba Mikea bo re ba tla “lisa naha ea Assyria ka sabole.” (Mik. 5:6) Ha e le hantle, se seng sa ‘lihlomo ntoeng ena ea bona,’ ke “sabole ea moea,” e leng Lentsoe la Molimo.—2 Bakor. 10:4; Baef. 6:17.
17 Baholo ba balang sehlooho sena ba ka iphumanela lintlha tse khothatsang tlalehong ena eo re sa tsoa e hlahloba: (1) Ntho ea bohlokoa eo re ka e etsang ho itokiselletsa tlhaselo e tlang ea “Moassyria” ke ho matlafatsa tumelo ea rona ho Molimo le ho thusa barab’abo rona hore ba etse se tšoanang. (2) Ha “Moassyria” a hlasela, baholo ba lokela ho kholiseha ka ho feletseng hore Jehova o tla re pholosa. (3) Ka nako eo, tataiso e tla re pholosa e fanoang ke mokhatlo oa Jehova e ka ’na ea bonahala eka ha e utloahale ho ea ka pono ea batho. Kaofela ha rona re lokela ho ikemisetsa ho mamela litaelo leha e le life tseo re li fuoang, ebang re nka hore lia utloahala kapa che. (4) Ena ke nako ea hore motho leha e le ofe ea tšepileng thuto ea lefatše, lintho tse bonahalang, kapa mekhatlo ea batho a fetole monahano oa hae. Baholo ba lokela ho ikemisetsa ho thusa leha e le mang eo e ka ’nang eaba hona joale oa thekesela tumelong.
18 Nako e ea tla eo ka eona bahlanka ba Molimo ba kajeno ba tla bonahala eka ba sitoa ho itšireletsa joaloka Bajuda ba neng ba qabeletsoe Jerusalema mehleng ea Ezekiase. E se eka ka nako eo, kaofela ha rona re ka khothatsoa ke mantsoe a Ezekiase. A re hopoleng hore lira tsa rona ‘li na le letsoho la nama, empa ea nang le rona ke Jehova Molimo oa rona ho re thusa le ho loana lintoa tsa rona’!—2 Likron. 32:8.
KHAOLO EA 35
O Ile a ba le Sebete sa Hore a Fetohe
Seo ’Muso oa Molimo o Tla se Etsa
5 Boemo ba hona joale bo tšoana hantle le ba Kanana lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng. Bibele e re: “Manyala ’ohle ao Jehova a a hloileng, ba lichaba tseo ba a etselitse melimo ea bona; esita le bara ba bona le barali ba bona, ba ne ba ba chesetsa melimo ea bona.” (Deuteronoma 12:31) Jehova o ile a re ho sechaba sa Iseraele: “Ke ka baka la bokhopo ba lichaba tseo Jehova, Molimo oa hao, a tlang ho li falatsa pel’a hao.” (Deuteronoma 9:5) Rahistori oa Bibele Henry H. Halley o ile a hlokomela se latelang: “Borapeli ba Baale, Ashtarothe le melimo e meng ea Bakanana bo ne bo akarelletsa meketjana e lerata e etsoang ka chelete e ngata haholo; litempele tsa bona e ne e le litsi tsa bobe.”
6 Halley o bontšitse kamoo bokhopo ba bona bo neng bo feteletse kateng, hobane ho se seng sa libaka tse ngata tse joalo, baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale “ba ile ba fumana lipitsa tse ngata tse nang le mesaletsa ea bana ba neng ba entsoe sehlabelo sa Baale.” O itse: “Sebaka seo kaofela se ile sa bonahala e le setša sa mabitla a masea a neng a sa tsoa belehoa. . . . Bakanana ba ne ba rapela ka liketso tse feteletseng tsa boitšoaro bo bobe, e le tšebeletso ea bolumeli ka pel’a melimo ea bona; ebe ka mor’a moo, ba bolaea bana ba bona ba matsibolo e le sehlabelo se etsetsoang melimo eona ena. Ho bonahala eka naha ea Kanana e ne e fetohile haholo ntho e kang Sodoma le Gomora sechabeng kaofela. . . . Na tsoelo-pele e nyonyehang hakaalo le e sehloho hakaalo e ne e e-na le tokelo ea ho tsoela pele e le teng? . . . Baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale ba epang masuping a metse ea Kanana baa makala hore ebe Molimo ha aa ka a ba timetsa kapele ho feta kamoo a ileng a etsa kateng.”
gl 10 ¶5, nal.
Iseraele Sebakeng se e Potolohileng
Ha Baiseraele ba Falla Egepeta, ho ka etsahala hore ebe Baamore e ne e le morabe o matla ka ho fetisisa. (De 1:19-21; Jos 24:15) Ba ne ba hapile naha ea Bamoabe ho ea fihla tlase phuleng ea molapo o phoroselang ea Arnone, le hoja sebaka se ka mose oane ho Jeriko se ne se sa ntse se bitsoa “lehoatata la Moabe.” Marena a Baamore a ne a boetse a busa Bashane le Gileade.—Nu 21:21-23, 33-35; 22:1; 33:46-51.
[Naletsana]
Ho tšoana le “Kanana,” lebitso “Baamore” le ka sebelisoa ha ho buuoa ka batho ba lulang naheng eo kaofela kapa la boela la sebelisoa ha ho buuoa ka morabe oo.—Ge 15:16; 48:22.
it “Manase” No. 4 ¶2
Manase
Jehova o ile a sebelisa morena oa Asiria ho fa Manase kotlo hobane ha aa ka a mamela molaetsa oa hae. Morena oa Asiria o ile a isa Morena Manase Babilona, e leng o mong oa metse e meholo pusong ea Asiria. (2Kr 33:10, 11) ‘Manase oa Juda’ o hlaha lethathamong la marena a 22 a patalang Morena Esare-hadone oa Asiria lekhetho, a akarelletsang “marena a Hatti, marena a lulang lebopong la leoatle.” Lebitso la Manase le boetse le hlaha lethathamong la marena a patalang Ashurbanipal lekhetho.—Ancient Near Eastern Texts, e hlahlobiloeng ke J. Pritchard, 1974, maq. 291, 294.
it “Hakisi” ¶4
Hakisi
Ka linako tse ling, batšoaruoa ba ne ba kenngoa lihakisi molomong, nkong kapa lelemeng. Ho na le setšoantšo sa Asiria se bontšang morena a tšoere batšoaruoa ba bararo ka thapo e faselelitsoeng lihakising tse hakiloeng melomong ea bona a bile a honya e mong oa bona leihlo ka lerumo. Kahoo, Morena Sankeribe oa Asiria o ile a utloisisa hantle hore na Jehova o reng ha a ne a bua mantsoe a latelang, a sebelisa moprofeta Esaia: “Ke tla kenya hakisi ea ka ka nkong ea hao le tomo ea ka pakeng tsa molomo oa hao. Ke tla u khutlisetsa morao ka tsela eo u tlileng ka eona.”—2Ma 19:20, 21, 28; Esa 37:29.
it “Sesebelisoa se Otlollang” ¶2
Sesebelisoa se Otlollang
Mohahong ho sebelisoa sesebelisoa se otlollang ho bona hore na mohaho o hahiloe hantle kapa ho sheba hore na hoa hlokahala ho boloka mohaho oo kapa che. Jehova o ile a bolela esale pele hore na o tla etsa’ng ka batho ba Jerusalema ba sa mameleng. O ile a re: “Ke tla ahlola Jerusalema joalokaha ke ile ka ahlola Samaria le ba lelapa la Akabe.” Molimo o ile a metha Samaria le lelapa la Morena Akabe eaba o fumana hore le itšoere hampe, kahoo o ile a le felisa. Ka tsela e tšoanang, Molimo o ne a tla ahlola Jerusalema le babusi ba eona, a pepese liketso tsa eona tse mpe a be a senye motse oo. Sena se ile sa etsahala ka selemo sa 607 B.C.E. (2Ma 21:10-13; 10:11) Jehova o ile a sebelisa Esaia ho lemosa batho ba khopo, ba ikhohomosang hammoho le babusi ba Jerusalema ka tlokotsi e neng e tla ba hlahela. O ile a re: “Ke tla etsa hore toka e be khoele e methang, ho loka e be sesebelisoa se otlollang.” Melao ea Jehova e nang le toka le e lokileng, e ne e tla bontša hore na ke bo-mang bao e leng bahlanka ba hae le bao eseng bona ebe qetellong ho ea ka hore na ba oela hokae, ba tla bolokoa kapa ba timetsoe.—Esa 28:14-19.
‘O Ile a Nolofatsa Sefahleho sa Jehova’
Atamela ho Molimo
MONNA e mong ea ileng a kheloha tseleng eo a holisitsoeng ka eona ea ho tšaba Molimo o re: “Ke ne ke ikutloa ke sa tšoanelehe.” Nakong eo a neng a qala ho nka mehato ea ho fetola bophelo ba hae, o ne a tšaba hore ho hang Molimo a ke ke a mo tšoarela. Empa moetsalibe enoa ea bakileng o ile a fumana tšepo tlalehong ea Bibele e buang ka Manase, e ho 2 Likronike 33:1-17. Haeba u kile oa ikutloa u sa tšoanelehe ka lebaka la libe tseo u ileng oa li etsa nakong e fetileng, u ka khothatsoa ke mohlala oa Manase.
Manase o ile a holisetsoa lelapeng le tšabang Molimo. Ntate oa hae, Ezekiase, e ne e le e mong oa marena a hlaheletseng ka ho fetisisa a Juda. Manase o ile a hlaha lilemo tse ka bang tharo ka mor’a hore ka mohlolo Molimo a eketse lilemo tseo ntate oa hae a ileng a li phela. (2 Marena 20:1-11) Ha ho pelaelo hore Ezekiase o ile a nka mora enoa oa hae e le mpho e bontšang mohau oa Molimo ’me a leka ho mo koetlisetsa hore a rate borapeli bo hloekileng. Empa ha se kamehla bana bao batsoali ba bona ba tšabang Molimo ba latelang mohlala oa batsoali ba bona. Ho ne ho le joalo le ka Manase.
Manase o ne a e-s’o fete lilemo tse 12 ha ntate oa hae a ne a hlokahala. Ka masoabi Manase o ile “a etsa se sebe mahlong a Jehova.” (Temana ea 1, 2) Na ebe morena eo e monyenyane o ile a susumetsoa ke baeletsi ba neng ba sa natse borapeli bo hloekileng? Bibele ha e re bolelle. Seo e re bolellang sona ke hore Manase o ile a tsoela pele ho etsa se sebe ka ho kopanela borapeling ba litšoantšo bo nyonyehang le liketsong tse sehloho. O ile a etsetsa melimo ea bohata lialetare, a nyehela bara ba hae e le sehlabelo, a sebelisana le meea ’me a beha setšoantšo se betliloeng ka tempeleng ea Jehova Jerusalema. Le hoja Manase a ile a tsoaloa ka mohlolo ka hore Molimo a eketse lilemo tsa Ezekiase tsa bophelo, ka manganga ha aa ka a mamela ha Jehova a ne a mo lemosa ka makhetlo-khetlo.—Temana ea 3-10.
Qetellong, Jehova o ile a lumella Manase hore a tlangoe ’me a isoe Babylona. Ha a le moo botlamuoeng, Manase o ile a ba le monyetla oa ho nahanisisa ka liketso tsa hae. Na ebe o ile a hlokomela hore litšoantšo tseo a neng a li rapela tse se nang matla le tse sa pheleng li ne li hlolehile ho mo sireletsa? Na o ile a hopola lintho tseo ntate oa hae ea tšabang Molimo a ileng a mo ruta tsona bongoaneng? Ho sa tsotellehe hore na mabaka ke afe, Manase o ile a fetola tsela eo a neng a etsa lintho ka eona. Tlaleho e re: “A nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hae ’me a ’na a ikokobetsa haholo . . . A ’na a mo rapela.” (Temana ea 12, 13) Empa na kannete Molimo o ne a ka tšoarela motho ea entseng libe tse tebileng hakaalo?
Jehova o ile a angoa ke pako ea ’nete ea Manase. Molimo o ile a mo utloa ha a ne a kopa hore a mo hauhele “eaba o mo busetsa Jerusalema boreneng ba hae.” (Temana ea 13) Ho bontša hore o bakile, Manase o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho lokisa liphoso tsa hae, a tlosa borapeli ba litšoantšo ’musong oa hae ’me a khothalletsa batho ba hae hore ba “sebeletse Jehova.”—Temana ea 15-17.
Haeba u ikutloa u sa tšoanelehe hore Molimo a ka u tšoarela ka lebaka la libe tseo u ileng oa li etsa nakong e fetileng, e se eka mohlala oa Manase o ka u khothatsa. Tlaleho ena ke karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (Baroma 15:4) Ka ho hlakileng, Jehova o batla hore re tsebe hore o “itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) Seo a amehileng ka sona ke boemo ba pelo ea moetsalibe, eseng sebe sa hae. Moetsalibe ea rapelang a bontša ho ikoahlaea e le kannete, a tlohela liketso tsa hae tse fosahetseng ’me a ikitlaetsa ho etsa se nepahetseng a ka ‘nolofatsa sefahleho sa Jehova,’ joaloka Manase.—Esaia 1:18; 55:6, 7.
KHAOLO EA 36
O Ile a Thusa Batho Hore ba Boele ba Rapele Jehova
Na u Tseba Shafane le Lelapa la Hae?
Bibele e re tsebisa ‘Shafane mora oa Azalia mora oa Meshulame’ nakong ea ha Josiase a ne a tsosolosa borapeli ba ’nete hoo e ka bang ka 642 B.C.E. (2 Marena 22:3) Lilemong tse latelang tse 36, ho fihlela ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E., re tsebisoa bara ba hae ba bane, e leng Akikame, Elasa, Gemaria le Jazania, hammoho le litloholo tsa hae tse peli e leng Mikaia le Gedalia. (Bona chate.) Encyclopaedia Judaica e re: “Lelapa la Shafane le ne le le boemong bo phahameng pusong [’musong oa Juda] ’me litho tsa lona e ne e le bangoli ba morena ho tloha nakong ea Josiase ho fihlela ha [Bajuda] ba e-ea Kholehong.” Ho hlahloba seo Bibele e se buang ka Shafane le lelapa la hae ho tla re thusa ho utloisisa kamoo ba ileng ba tšehetsa moprofeta Jeremia le borapeli ba ’nete ba Jehova kateng.
Shafane o Tšehetsa Borapeli ba ’Nete
Ka 642 B.C.E., ha Morena Josiase a ne a le lilemo tse ka bang 25, Shafane o ne a sebetsa e le mongoli le mokopitsi oa moreneng. (Jeremia 36:10) See se ne se akarelletsa’ng? Encyclopaedia Judaica e bolela hore mongoli le mokopitsi oa moreneng e ne e le moeletsi e moholo oa morena, a ikarabella licheleteng, a le bohlale litšebelisanong pakeng tsa mebuso, ’me a e-na le tsebo ea litaba tsa ka ntle ho naha, le ea molao oa machaba le litumellano tsa khoebo. Kahoo, kaha Shafane e ne e le mongoli oa moreneng, e ne e le e mong oa banna ba nang le tšusumetso e kholohali ’musong.
Lilemo tse leshome pejana ho moo, Josiase e monyenyane o ne a ile “a qala ho batla Molimo oa moholo-holo oa hae Davida.” Ho hlakile hore Shafane o ne a le moholo haholo ho Josiase ’me kahoo e ne e ka ba moeletsi e motle oa hae litabeng tsa borapeli e bile e le motšehetsi oa Josiase letšolong la hae la pele la ho tsosolosa borapeli ba ’nete.—2 Likronike 34:1-8.
Nakong ea ha ho ntse ho tsosolosoa tempele, “buka ea molao” e ile ea fumanoa, ’me Shafane “a qala ho e bala ka pel’a morena.” Josiase o ile a tšoha ha a utloa mantsoe a eona ’me a romela moifo oa banna ba tšepahalang ho Hulda moprofeta oa mosali hore a botse Jehova litaba tsa buka ena. Morena o ile a bontša hore o tšepa Shafane le mora oa hae Akikame ka ho ba akarelletsa moifong ona.—2 Marena 22:8-14; 2 Likronike 34:14-22.
Ke hona mona feela moo Mangolo a buang ka seo Shafane a ileng a se etsa. Litemaneng tse ling tsa Bibele, ho boleloa feela hore ke ntate kapa ntate-moholo. Bana ba Shafane ba ile ba sebelisana haufi-ufi le moprofeta Jeremia.
Re u Lome Tsebe?
Ha motho a ne a hahola liaparo mehleng ea Bibele, seo se ne se bontša’ng?
MANGOLO a bua ka liketsahalo tse ngata tseo ho tsona batho ba ileng ba tabola liaparo tsa bona. Ketso e joalo e ka ’na ea utloahala e makatsa ho rona babali ba kajeno, empa ke tsela eo ka eona Bajuda ba neng ba bonahatsa boikutlo bo matla ha ba nyahame, ba saretsoe, ba tlotlolohile, ba halefile kapa ba siame.
Ka mohlala, Rubene o ile “a hahola liaparo tsa hae” ha a lemoha hore morero oa hae oa ho lopolla Josefa ngoan’abo o nyopile hobane o ne a rekisitsoe hore e be lekhoba. Ntate oa bona Jakobo le eena o ile “a hahola liaparo tsa hae” kaha o ne a nahana hore Josefa o harotsoe ke sebata. (Gen. 37:18-35) Jobo o ile “a hahola seaparo sa hae” ha a bolelloa hore bana ba hae bohle ba shoele. (Jobo 1:18-20) Lenģosa le ile la tla ho Moprista ea Phahameng Eli le hahotse liaparo, ’me la mo tsebisa hore Baiseraele ba hlotsoe ntoeng le hore bara ba hae ba babeli ba bolailoe ’me areka ea selekane e hapuoe. (1 Sam. 4:12-17) Ha Josiase a utloa mantsoe a Molao a baloa ’me a hlokomela liphoso tsa sechaba sa habo o ile “a hahola liaparo tsa hae.”—2 Mar. 22:8-13.
Ha Moprista ea Phahameng Kaifase a ntse a mametse nyeoe ea Jesu, o ile “a hahola liaparo tsa hae” ha a utloa mantsoe ao a neng a nahana hore ke nyeliso. (Mat. 26:59-66) Ho ea ka molao oa bolumeli o entsoeng ke bo-rabi, motho ofe kapa ofe ea neng a utloa Lebitso la Molimo le nyefoloa o ne a tlameha ho tabola liaparo tsa hae. Leha ho le joalo, ka mor’a ho ripitloa ha tempele e Jerusalema, bo-rabi ba ile ba ba le maikutlo a hore, “kajeno ha motho a utloa Lebitso la Molimo le nyefoloa ha aa lokela ho hahola liaparo tsa hae, kaha o tla be a li senya.”
Hoa hlaka hore ho hahola liaparo e ne e le ntho e sa reng letho mahlong a Molimo haeba motho a sa ikoahlaee e le kannete. Ka hona, Jehova o ile a bolella batho ba hae hore ‘ba hahole lipelo tsa bona, eseng liaparo ’me ba khutlele ho eena.’—Joele 2:13.
it “Neko” ¶2
Neko
Faro oa Egepeta o phetse ka nako e tšoanang le Morena Josiase oa Juda. Ho ea ka rahistori oa Mogerike Herodotus (II, 158, 159; IV, 42), Neko e ne e le mora oa Psammetichus (Psammetichos, Psamtik I) ’me o ile a hlahlama ntate oa hae boreneng e le moeta-pele oa Egepeta. Le hoja a ile a qala ka mosebetsi oa kaho oa ho kopanya Noka ea Nile le Leoatle le Lefubelu, ha aa ka a qeta projeke eo. Leha ho le joalo, o ile a romela likepe tsa Bafoenisia ho nka leeto le lelelele ho potoloha Afrika. Leeto leo le ile la atleha ’me la fela ka mor’a lilemo tse tharo.
Josiase ea Ikokobelitseng o Ile a Ratoa ke Jehova
Eaba manģosa a Josiase a ea Jerusalema ho Hulda moprofeta oa mosali ’me a khutla le tlaleho. Hulda o fetisitse lentsoe la Jehova, a bontša hore litlokotsi tse tlalehiloeng bukeng e sa tsoa fumanoa li tla oela sechaba seo sa bakoenehi. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho ikokobetsa ka pel’a Jehova Molimo, Josiase a ke ke a oeloa ke tlokotsi ena. O tla orohela ho baholo-holo ba hae ’me a isoe lebitleng ka khotso.—2 Marena 22:14-20; 2 Likronike 34:22-28.
Na boprofeta ba Hulda bo ne bo nepahetse, kaha Josiase o ile a shoela ntoeng? (2 Marena 23:28-30) E, hobane “khotso” eo a ileng a isoa lebitleng ka eona e fapane le “tlokotsi” e neng e tla tlela Juda. (2 Marena 22:20, NW; 2 Likronike 34:28, NW) Josiase o ile a shoa pele tlokotsi ea 609-607 B.C.E. e fihla, ha Bababylona ba ne ba thibella Jerusalema le ho e timetsa. ‘Hore motho a orosetsoe ho baholo-holo ba hae’ ha ho hlile ha ho qhelele ka thoko ho shoa lefu le mabifi. Polelo e tšoanang le eo e sebelisitsoe mabapi le lefu le mabifi le le seng mabifi.—Deuteronoma 31:16; 1 Marena 2:10; 22:34, 40.
SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 38
Bacha, le Batla Bophelo bo Joang?
“Temoho e tla u sireletsa.”—LIPROV. 2:11.
SEO RE TL’O ITHUTA SONA
Bacha, Jehova oa tseba hore ka linako tse ling ho ka ba thata hore le etse lintho tse nepahetseng e le hore le lule le le metsoalle ea hae. Le ka etsa liqeto tse bohlale tse tla thabisa Ntate oa lona ea leholimong joang? Re tl’o bua ka mehlala ea bashanyana ba bararo bao e ileng ea e-ba marena a Juda. Hlokomelang hore na le ka ithuta eng mehlaleng ea bona.
U NE u ka ikutloa joang haeba u ne u ka ba morena oa batho ba Molimo u sa le tlase haholo lilemong? U ne u ka sebelisa matla a hao le bolaoli joang? Bibele e re bolella ka bacha ba ’maloa bao e ileng ea e-ba marena Juda. Ka mohlala, Joase e ile ea e-ba morena ha a le lilemo li supileng, Uzia li le 16, ha Josiase eena li ne li le robeli. Ho ka etsahala hore ebe ho ba marena ba sa le banyenyane joalo ho ne ho le boima ho bona. Ho sa tsotellehe seo, Jehova le batho ba bang ba ile ba ba thusa ho etsa lintho ka tsela e nepahetseng.
2 Le hoja re se marena kapa mafumahali, re ka ithuta ho hongata mohlaleng oa Joase, oa Uzia le oa Josiase. Ba ile ba etsa liqeto tse nepahetseng le tse fosahetseng. Ha re ntse re ithuta mehlaleng ea bona, re tla bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ba bohlale ha re khetha metsoalle, ho lula re ikokobelitse le ho lula re ikemiselitse ho sebeletsa Jehova.
KHETHA METSOALLE E NEPAHETSENG
3 Etsa liqeto tse bohlale joaloka Joase. Morena Joase o ile a etsa liqeto tse bohlale ha a sa le monyenyane. Kaha o ne a se na ntate, o ile a latela tataiso ea monna ea tšepahalang e leng Moprista ea Phahameng Jehojada. Moprista eo o ile a ruta Joase joalokaha eka ke mora oa hae. Ka lebaka leo, Joase o ile a etsa qeto e bohlale ka ho sebeletsa Jehova le ho thusa sechaba sohle hore le sona se mo sebeletse. O ile a ba a qala mosebetsi oa ho lokisa tempele ea Jehova.—2 Likron. 24:1, 2, 4, 13, 14.
4 Haeba batsoali ba hao kapa motho e mong a u ruta ho rata Jehova le ho mamela melao le melao-motheo ea hae, tseba hore eo ke mpho ea bohlokoa. (Bala Liproverbia 2:1, 10-12.) Batsoali ba ka sebelisa litsela tse fapaneng ho ruta bana ba bona. Hlokomela kamoo ntate oa Morali oa bo rona Katya a ileng a mo thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. Letsatsi le leng le le leng ha a ne a mo isa sekolong, ba ne ba buisana ka temana ea letsatsi. Morali oa bo rona Katya o re: “Lipuisano tseo li ne li nthusa ho etsa lintho tse nepahetseng ha ke ne ke kopana le liteko letsatsi ka leng.” Ho thoe’ng teng haeba batsoali ba hao ba etsa melao ba ipapisitse le seo Bibele e se rutang empa u utloa eka melao eo ha e u fe bolokolohi boo u bo batlang? U ka thusoa ke’ng hore u ba mamele? Morali oa bo rona Anastasia o hopola hore batsoali ba hae ba ne ba ipha nako ea ho mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ba entse melao e itseng. O re: “Seo ba neng ba se etsa se ile sa nthusa ho utloisisa hore ba ne ba sa etse melao feela ho ntaola empa ho ntšireletsa hobane ba nthata.”
5 Batsoali ba hao ba tla thaba ha u mamela likeletso tsa bona tse thehiloeng Bibeleng. Habohlokoa le ho feta ke hore u tla thabisa Molimo ’me kamano ea hao le eena e tla ba matla le ho feta. (Bala Liproverbia 22:6; 23:15, 24, 25.) Ao ke mabaka a utloahalang a ho etsisa mohlala oa Joase ha a sa le monyenyane.
6 Ithute liqetong tse fosahetseng tseo Joase a ileng a li etsa. Ka mor’a hore Jehojada a shoe, metsoalle ea Joase e ile ea mo susumeletsa ho etsa lintho tse fosahetseng. (Bala 2 Likronike 24:17, 18.) O ile a mamela likhosana tsa Juda tse neng li sa sebeletse Jehova. U ka ’na oa lumela hore Joase o ne a lokela hore ebe o ile a qoba likhosana tseo hobane li ne li etsa lintho tse fosahetseng. (Liprov. 1:10) Ho e-na le hoo, o ile a mamela likeletso tsa tsona tse booatla. Ho hobe le ho feta ke hore ha motsoala oa hae Zakaria a leka ho mo eletsa, Joase o ile a laela hore a bolaoe. (2 Likron. 24:20, 21; Mat. 23:35) Eo e bile ketso e mpe le e booatla hakaakang! Joase o ile a qala a etsa lintho hantle empa ka masoabi o ile a fetoha mokoenehi le ’molai. Qetellong bahlanka ba hae ba ile ba mo bolaea. (2 Likron. 24:22-25) Lintho li ka be li ile tsa mo tsamaela hantle hoja a ile a tsoela pele a mamela Jehova le batho ba mo ratang. U ka ithuta’ng mohlaleng oo?
7 Ntho e ’ngoe eo re ithutang eona liqetong tse fosahetseng tseo Joase a ileng a li etsa ke hore re lokela ho khetha metsoalle e ratang Jehova ebile e ikemiselitse ho mo thabisa. Metsoalle e joalo e tla re thusa ho etsa lintho tse nepahetseng. Re ka ba metsoalle le batho ba baholo kapa ba banyenyane ho rona. Hopola hore Joase o ne a le monyenyane haholo ho motsoalle oa hae Jehojada. Ha u khetha metsoalle ipotse lipotso tsena: ‘Na e nthusa ho ba le kamano e matla le Jehova? Na e nthusa ho mamela melao le melao-motheo ea Molimo? Na e bua ka Jehova le ka lintho tsa bohlokoa tseo a re rutang tsona? Na e mamela melao le melao-motheo ea Molimo? Na e mpolella lintho tseo nka thabelang ho li utloa feela kapa na e ba le sebete sa ho nkeletsa ha ke kheloha?’ (Liprov. 27:5, 6, 17) Ho hlakile hore haeba metsoalle ea hao e sa rate Jehova, ha u e hloke. Empa haeba metsoalle ea hao e rata Jehova, u se ke oa e tlohela hobane e tla ba le tšusumetso e ntle ho uena.—Liprov. 13:20.
8 Mecha ea puisano e re thusa ho lula re buisana le ba malapa a rona kapa metsoalle. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba sebelisa mecha ena ho khahlisa batho ba bang ka ho beha litšoantšo le livideo tsa lintho tseo ba li rekileng kapa tseo ba li finyeletseng. Haeba u sebelisa mecha ea puisano, ipotse: ‘Na morero oa ka ke ho khahlisa batho ba bang? Na ke beha lintho tse tla haha batho ba bang kapa tse tla etsa hore ba nthorise? Na ke lumella lintho tseo batho ba bang ba li behang ho ba le tšusumetso e mpe tseleng eo ke nahanang ka eona, eo ke buang ka eona kapa eo ke etsang lintho ka eona?’ Mor’abo rona Nathan Knorr eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang o ile a fana ka keletso ena: “U se ke oa leka ho thabisa batho hobane u ke ke oa atleha. Thabisa Jehova ’me u tla thabisa le bohle ba mo ratang.”
RE LOKELA HO LULA RE IKOKOBELITSE
9 Etsa liqeto tse nepahetseng joaloka Uzia. Morena Uzia o ne a ikokobelitse ha a sa le mocha. O ile a ithuta “ho hlompha Molimo oa ’nete.” O phetse lilemo tse 68 ’me boholo ba nako eo a e phetseng, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa. (Bala 2 Likronike 26:1-5.) Morena Uzia o ile a hlola lichaba tse ngata tseo e neng e le lira tsa sechaba sa hae a ba a etsa hore lebotho la Jerusalema le be matla. (2 Likron. 26:6-15) Re kholisehile hore Morena Uzia o ne a thabile ka lebaka la lintho tseo Molimo a ileng a mo thusa ho li etsa.—Moek. 3:12, 13.
10 Ithute liqetong tse fosahetseng tseo Uzia a ileng a li etsa. Morena Uzia o ne a tloaetse ho laela ’me ho ka etsahala hore ebe sena se ile sa etsa hore a nahane hore a ka etsa eng kapa eng eo a e batlang. Ka letsatsi le leng, Morena Uzia o ile a ea tempeleng ea Jehova ’me ka boikhohomoso a leka ho chesa libano aletareng e leng seo marena a neng a sa lokela ho se etsa. (2 Likron. 26:16-18) Moprista ea Phahameng Azaria o ile a leka ho mo khalemela empa sena se ile sa halefisa Uzia haholo. Ka masoabi, Uzia o ile a hloleha ho lula a tšepahala ’me Jehova o ile a mo otla ka lepera. (2 Likron. 26:19-21) Lintho li ka be li mo tsamaetse hantle hoja o ile a tsoela pele a ikokobelitse.
11 Ha Morena Uzia a se a le matla, o ile a khaotsa ho bontša hore o ananela lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a mo etselitse tsona. Re ithuta’ng? Kamehla re lokela ho hopola hore ke Jehova ea re fang lintho tsohle tse molemo tseo re li thabelang bophelong le tšebeletsong ea hae. Ho e-na le ho ithorisa ka lintho tseo re li entseng, re lokela ho lula re leboha Jehova ka lintho tsohle tseo a re thusang ho li etsa. (1 Bakor. 4:7) Kaha ha rea phethahala, re lokela ho ikokobetsa ’me re amohele khalemelo. Mor’abo rona ea lilemo li ka bang 60 o ile a re: “Ke ithutile hore ha kea lokela ho nyahama kapa ho koata ha batho ba bang ba hlokomela liphoso tsa ka. Ha ke khalemelloa liphoso tse nyenyane tseo ke li entseng, ke leka kahohle ho ntlafatsa le ho tsoela pele ke sebeletsa Jehova ka pelo eohle.” Ke ’nete hore ha re mamela Jehova ebile re lula re ikokobelitse, lintho li tla re tsamaela hantle bophelong.—Liprov. 22:4.
TSOELA PELE U SEBELETSA JEHOVA
12 Etsa liqeto tse nepahetseng joaloka Josiase. Ha Josiase e sa le moshanyana, o ile a qala ho sebeletsa Jehova. O ne a batla ho ithuta ka Jehova le ho etsa thato ea hae. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo. O ile a tlameha ho emela borapeli bo hloekileng nakong eo borapeli ba bohata bo neng bo atile. O ile a fela a etsa joalo. Pele Josiase a ka ba lilemo li 20, o ile a qala ho felisa borapeli ba bohata naheng eohle.—Bala 2 Likronike 34:1-3.
13 U ka etsisa Josiase ka ho sebeletsa Jehova le ho ithuta ho ananela makhabane a hae le haeba u le monyenyane haholo. Ha u etsa joalo, u tla batla ho inehela ho Jehova. Boinehelo boo bo tla ama bophelo ba hao joang letsatsi le letsatsi? Luke ea kolobelitsoeng ha a le lilemo li 14 o re: “Ho tloha hona joale ho ea pele, ke tla etsa hore ho sebeletsa Jehova le ho mo thabisa e be eona ntho e tlang pele bophelong ba ka.” (Mar. 12:30) E tla ba tlhohonolofatso e kaakang haeba le uena u ikemiselitse ho etsa ntho e tšoanang!
14 Ke liteko life tseo uena mocha ea sebeletsang Jehova u ka tobanang le tsona? Johan ea ileng a kolobetsoa ha a le lilemo li 12 o re bana bao a kenang sekolo le bona ba ile ba leka ho mo susumeletsa ho tsuba (vaping). E le hore a khone ho hlola tšusumetso eo, Johan o ne a lula a ikhopotsa hore ho tsuba ho ka ama bophelo ba hae hampe ha ba ha senya setsoalle sa hae le Jehova. Rachel ea ileng a kolobetsoa ha a le lilemo li 14 o hlalosa hore na ke’ng e mo thusang ho hlola liteko tseo a tobanang le tsona sekolong. O re: “Ke leka ho sheba lintho tse nkhopotsang seo ke ithutileng sona Bibeleng. Ka mohlala, seo re ithutang sona tlelaseng ea histori se ka nkhopotsa tlaleho e itseng ea Bibele kapa boprofeta. Kapa ka linako tse ling ha ke buisana le bana bao ke kenang sekolo le bona, ke hopola lengolo la bohlokoa leo nka buisanang le bona ka lona.” Ke ’nete hore liteko tseo u tobanang le tsona li ka fapana le tseo Morena Josiase a ileng a ba le tsona empa le uena u ka etsa lintho ka bohlale oa ba oa lula u tšepahalla Jehova. Ho sebetsana le liteko u sa le mocha ho tla u thusa ho sebetsana le liteko tseo u tla tobana le tsona ha u se u le moholo.
15 Ha Morena Josiase a le lilemo li 26, o ile a qala ho nchafatsa tempele. Ha ho ntse ho etsoa mosebetsi oo, ho ile ha fumanoa “buka ea Molao oa Jehova oo a neng a fane ka oona a sebelisa Moshe.” Ha morena a utloa mantsoe ao, o ile a laela hore ho etsoe lintho tse neng li ngotsoe bukeng eo. (Bala 2 Likronike 34:14, 18-21.) Na u batla ho bala Bibele kamehla? Haeba u se u qalile, na hoa u natefela? Na u tšoaea litemana tsa Bibele tse ka u thusang? Luke eo re buileng ka eena pejana, o ngola fatše lintlha tseo a li thabetseng ha a ntse a ithuta. Ho etsisa mohlala o tšoanang ho ka u thusa ho hopola litemana tsa Bibele kapa lintlha tseo u li thabetseng ha u ntse u ithuta. Ha u rata Bibele haholo ebile u e utloisisa, seo se tla etsa hore u batle ho sebeletsa Jehova le ho feta. Joalokaha buka ea Molao e ile ea thusa Morena Josiase ho etsa se nepahetseng, le uena ho ithuta Lentsoe la Molimo ho tla u tsoela molemo.
16 Ithute qetong e fosahetseng eo Josiase a ileng a e etsa. Ha Josiase a le lilemo li ka bang 39, o ile a etsa phoso e ileng ea etsa hore a bolaoe. O ile a itšepa ho e-na le ho kopa tataiso ho Jehova. (2 Likron. 35:20-25) Re ithuta’ng? Ho sa tsotellehe hore na re baholo hakae kapa hore na re na le nako e kae re ithuta Bibele, re lokela ho tsoela pele re batla tataiso ea Jehova. Sena se akareletsa hore kamehla re rapelle tataiso ea hae, re ithute Lentsoe la hae le ho mamela likeletso tsa Bakreste ba nang le boiphihlelo. Sena se ka etsa hore re thabe bophelong re be re qobe ho etsa liphoso tse kholo.—Jak. 1:25.
BACHA, LINTHO LI KA LE TSAMAELA HANTLE
17 Ho na le lintho tse ngata tse thabisang tseo u ka li etsang ha u ntse u le mocha. Mehlala ea Joase, Uzia le Josiase ea bontša hore bacha ba ka etsa liqeto tse bohlale ’me ba thabisa Jehova. Ke ’nete hore marena ao a ile a etsa liphoso tse ileng tsa etsa hore a hlaheloe ke lintho tse bohloko. Leha ho le joalo, haeba re etsisa lintho tse ntle tseo a ileng a li etsa le ho qoba ho etsa liphoso tse tšoanang le tseo a ileng a li etsa, re ka kholiseha hore lintho li tla re tsamaela hantle bophelong.
18 Mangolo a na le mehlala ea bacha ba bang ba ileng ba atamela ho Jehova ’me a ba amohela eaba lintho li ba tsamaela hantle bophelong. Davida ke e mong oa bona. Ha a sa le mocha, o ile a khetha ho ba motsoalle oa Molimo ’me hamorao ea e-ba morena ea tšepahalang. Ke ’nete hore ka linako tse ling o ile a etsa liphoso. Leha ho le joalo, Molimo o ile a mo nka a tšepahala. (1 Mar. 3:6; 9:4, 5; 14:8) Ho ithuta ka Davida ho ka re susumeletsa ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Hape u ka ithuta haholoanyane ka Mareka kapa Timothea. Ba ile ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ho tloha ha ba sa le banyenyane. Ba ile ba thabisa Molimo ka ho etsa qeto ea ho mo sebeletsa ’me le bona ba thaba bophelong.
19 Tsela eo u phelang ka eona hona joale e tla ama tsela eo bophelo ba hao bo tla ba ka eona nakong e tlang. Ho tšepa Jehova ho e-na le ho itšepa ho tla u thusa hore u etse liqeto tse bohlale. (Liprov. 20:24) U tla phela bophelo bo monate le bo molemo. Hopola hore Jehova o ananela seo u mo etsetsang sona. Na ho na le tsela e molemo ho feta ho sebelisa bophelo ba rona ho sebeletsa Ntate oa rona ea leholimong, Jehova?
KHAOLO EA 37
O ne “a ke ke a Itšilafatsa”
Daniele—Buka e Qosoang
14 Daniele 1:1 e baleha tjena: “Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime morena oa Juda, Nebukadnezare morena oa Babylona a tla Jerusalema ’me a e thibella.” Bahlahlobisisi ba tšoaile lengolo lena phoso hobane ho bonahala le sa lumellane le Jeremia, ea bolelang hore selemo sa bone sa Jojakime e ne e le selemo sa pele sa Nebukadnezare. (Jeremia 25:1; 46:2) Na Daniele o ne a hanyetsa Jeremia? Taba ena e hlakisoa habonolo ka boitsebiso bo eketsehileng. Ha Faro Neko a etsa Jojakime morena ka lekhetlo la pele ka 628 B.C.E., e ile ea e-ba mohlanka feela oa ’musi eo oa Egepeta. Sena se etsahetse hoo e ka bang lilemo tse tharo pele Nebukadnezare a hlahlama ntat’ae boreneng ba Babylona ka 624 B.C.E. Nakoana ka mor’a moo (ka 620 B.C.E.), Nebukadnezare o ile a futuhela Juda ’me a etsa Jojakime morena oa mohlanka ea tlas’a Babylona. (2 Marena 23:34; 24:1) Ho Mojuda ea neng a phela Babylona, “selemo sa boraro” sa Jojakime e ne e tla ba selemo sa boraro sa ha morena enoa a sebeletsa Babylona e le mohlanka. Daniele o ngotse a e-na le pono eo. Leha ho le joalo, Jeremia o ngotse a e-na le pono ea Bajuda ba neng ba phela Jerusalema. Kahoo, o buile ka borena ba Jojakime e le bo qalang ha Faro Neko a ne a mo etsa morena.
15 Ka sebele, sena seo ho nahanoang hore ke ho se lumellane, se tiisa bopaki ba hore Daniele o ngotse buka ea hae a le Babylona ha a ntse a le har’a Bajuda ba kholehong. Empa ho na le phoso e ’ngoe e totobetseng mabakeng ana a behoang ho hanyetsa buka ea Daniele. Hopola hore mongoli oa Daniele ka ho hlakileng o ne a e-na le buka ea Jeremia ’me o bile a supa ho eona. (Daniele 9:2) Haeba mongoli oa Daniele e ne e le molotsana ea hlalefileng, joalokaha bahlahlobisisi ba bolela, na o ne a ka ipeha kotsing ea ho hanyetsa mohloli oa boitsebiso o hlomphuoang joaloka Jeremia—le hona e le temaneng ea pele feela ea buka ea hae? Ho hlakile hore o ne a ke ke!
it “Ntlo ea polokelo” ¶3
Ntlo ea polokelo
Ha Bibele e bua ka matlotlo a Babilona ho Daniele 1:2 e re Nebukadnezare o ile a nka lisebelisoa tsa bohlokoa ntlong ea Jehova ’me a li isa ntlong ea “molimo oa hae.” Letlapa le leng la Bababilona le na le mantsoe a Nebukadnezare moo a buang ka tempele ea Merodake, moo a reng: “Ke ile ka bokella silevera, khauta le majoe a bohlokoa . . . ’me ka li beha ntlong ea polokelo ea ’muso oa ka.” (Bapisa le Esd 1:8.) Ho ka etsahala hore ebe Bababilona ba ne ba e-na le matlo a mang a manyenyane a polokelo libakeng tse fapaneng ’musong oa bona. (Dan 3:2) Bapersia le bona ba ne ba e-na le mokhoa o tšoanang oa ho boloka matlotlo matlong a bona a polokelo. Ba ne ba boloka chelete ea lekhetho e bokeletsoeng ke liofisiri. (Esd 7:20, 21) Matlong a bona a maholo a polokelo, Bapersia ba ne ba boloka lintho tsa bona tsa bohlokoa tse kang khauta, litlaleho tse khethehileng le tse ling.—Esd 6:1, 2; Est 3:9.
it “Boloi le Boselamose” ¶2-6
Boloi le Boselamose
Mehleng ea Bibele, ho ne ho e-na le boloi le boselamose bo neng bo nkoa bo fosahetse, bo ne bo akarelletsa ho bitsetsa sera mantsoe a boloi, ho se rohaka le ho se sheba hampe, e le ho leka ho se ntša kotsi. Boloi le boselamose bo neng bo nkoa bo lokile, bona ho ne ho lumeloa hore bo tlisa liphello tse ntle ka hore bo nyopise mantsoe a boloi kapa lithohako tsa boloi le boselamose bo sa lumelloang. Mehleng ea boholo-holo, lichabeng tse ling boloi le boselamose bo fosahetseng bo ne bo sa lumelloa, hoo ha motho a ne a ka fumanoa a etsa boloi bona kapa boselamose bona a neng a ka bolaoa. Leha ho le joalo, Bibele eona e khahlanong le boloi le boselamose ba mefuta eohle. (Le 19:26; De 18:9-14) Baloi le maselamose a ne a sebelisa mantsoe a itseng ao ho neng ho lumeloa hore a khona ho a qapa ka tsebo le bohlale bo fetang ba tlhaho, ho leka ho susumetsa batho le ho fetola liketsahalo tsa ka moso. Kahoo, boloi le boselamose bo fapane le bonohe. Batho ba etsang bonohe bona ba leka ho senola bokamoso, ha ba leke ho fetola liketsahalo tsa ka moso kapa ho susumetsa batho ka tsela e itseng.—Sheba DIVINATION.
Batho ba mehleng ea khale ba ne ba lumela hore baloi ba sebelisang boselamose ba ne ba ka khona ho kenya bademona mothong kapa ba a ntša, ba ne ba ka qhekella kapa ba thetsa bademona le hore ba ne ba ka a tšoara le ho a kenya lepolankeng kapa setšoantšong sa letsopa. Ka mohlala, batho ba ne ba lumela hore haeba leselamose le ne le ka etsa litsela tsa boselamose le sebelisa mahe a linotši kapa ntho e ’ngoe e itseng, le ne le ka khona ho laola bademona le ba ise hohle moo le batlang.
Litumelo tsena li ile tsa etsa hore ho be le sehlopha sa baprista ba maselamose se neng se nkeloa holimo. Baprista bana ba ne ba hatella batho, ba ba nkela lichelete tse ngata ka bolotsana hobane ba ne ba etsa eka ba na le matla a fetang a bademona. Batho ba ne ba lumela hore baprista bana ba maselamose ba ne ba ka etsa hore bademona ba ba mamele le hore bademona ba ne ba se na matla a fetang a baprista bana ba maselamose.
Mekhoa ena ea ho sebelisana le meea e neng e bitsoa saense, e qaliloe ke Bakalde ba Babilona ea mehleng ea khale. Esaia o re mehleng ea hae, lilemong tsa bo-700 pele ho mehla ea Jesu, Babilona ho ne ho tletse baloi le maselamose a mefuta eohle. (Esa 47:12-15) Lilemo tse fetang lekholo hamorao, mehleng ea Daniele, baprista ba maselamose e ne e ntse e le ba bang ba batho ba eletsang morena oa Babilona. (Dan 1:20; 2:2, 10, 27; 4:7; 5:11) Poleloana ea Seheberu e buang ka baprista bana ha e fetoleloa lentsoe ka lentsoe ke “baprista ba sebelisang boselamose.”
Bababilona ba ne ba tšaba batho ba kotlobaneng ’mele hobane ba ne ba nka hore ba etsa boloi le boselamose bo fosahetseng. Baprista bona ka lehlakoreng le leng ho ne ho thoe ke litsebi tse hloahloa tsa boselamose bo nepahetseng. Batho ba ne ba lumela hore haeba moloi a ne a ka bua mantsoe a boselamose ho motho ea kulang, motho eo o ne a tla shoa. Empa haeba mantsoe a tšoanang a boselamose a ne a ka buuoa ke moprista, motho ea kulang o ne a tla fola.
Ba Lekiloe—Empa ba Tšepahetse ho Jehova!
25 Matsatsi a leshome ba ja ‘meroho le ho noa metsi’—na ba ne ba tla ‘shebahala ba nyahame’ ha ba bapisoa le ba bang? “Meroho” ke phetolelo ea lentsoe la Seheberu leo ha e le hantle le bolelang “lipeo.” Liphetolelo tse ling tsa Bibele li le fetolela e le “pulse” (ka Senyesemane), e hlalosoang e le “lipeo tse jeoang tsa limela tse sa tšoaneng tse behang lijo ka makhapetleng (tse kang lierekisi, linaoa, kapa lensisi).” Litsebi tse ling li na le maikutlo a hore taba eo ho buuoang ka eona e fana ka maikutlo a lijo tse akarelletsang ho fetang feela lipeo tse jeoang. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Seo Daniele le metsoalle ea hae ba neng ba se kopa, e ne e le lijo tsa meroho tse sa natefisoang tse jeoang ke batho ba tloaelehileng eseng tsa lihanyamafotha le nama e ngata tsa tafoleng ea borena.” Kahoo, meroho e ne e ka ’na ea akarelletsa lijo tse hahang tsa linaoa, likomokomore, sefothafotha, eiee e sephara, lensisi, mahapu, hanyanese le bohobe bo entsoeng ka lijo-thollo tse sa tšoaneng. Ka sebele ha ho ea neng a tla nka seo e le lijo tse se nang phepo. Mohlomong mohlokomeli o ile a lemoha ntlha eo. “Qetellong a ba mamela mabapi le taba ena ’me a ba beha tekong ka matsatsi a leshome.” (Daniele 1:14) Phello e bile efe?
SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 33
U ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Daniele?
“U motho ea ratoang haholo.”—DAN. 9:23.
SEO RE TL’O ITHUTA SONA
Bacha ba bangata ba sebeletsang Jehova ba ba maemong ao ho ’ona ba lokelang ho bontša sebete le ho tšepahalla Jehova. Bana ba kenang sekolo le bona ba ka ba soma hobane ba lumela hore lintho li bopiloe. Hape lithaka tsa bona li ka ba tšeha hobane ba sebeletsa Molimo ba bile ba mamela melao ea hae. Sehloohong sena re tl’o bona hore batho ba etsisang mohlala oa moprofeta Daniele le ba sebeletsang Jehova ka sebete ba bile ba mo tšepahalla ba bohlale.
MOPROFETA Daniele e ne e sa le mocha ha Bababilona ba mo isa hole le habo hore e e’o ba motšoaruoa ’me ba ile ba mo rata. Ba ile ba “bona se bonoang ke mahlo feela.” Ba ile ba bona feela hore Daniele o ‘phetse hantle ebile o shebahala hantle’ hape o tsoa lelapeng la borena. (1 Sam. 16:7) Kahoo, Bababilona ba ile ba mo ruta hore a sebeletse phaleising ea morena.—Dan. 1:3, 4, 6.
2 Jehova o ne a rata Daniele ka lebaka la makhabane a hae eseng hobane a ne a shebahala hantle kapa a sebeletsa phaleising. E ka ’na eaba Daniele o ne a le lilemo li 20 ha Jehova a ne a re o tšoana le Noe le Jobo. Jehova o ne a nka Daniele a lokile joaloka Noe le Jobo ba ileng ba mo tšepahalla ka lilemo tse ngata. (Gen. 5:32; 6:9, 10; Jobo 42:16, 17; bala Ezekiele 14:14.) Jehova o ile a lula a rata Daniele bophelo bohle ba hae.—Dan. 10:11, 19.
3 Sehloohong sena re tl’o bua ka makhabane a mabeli a Daniele a ileng a etsa hore Jehova a mo rate. Re tla qala ka ho hlalosa makhabane ao ebe re bua ka hore na o ile a a bontša joang. Re tla boela re bone hore na ke’ng e ileng ea thusa Daniele hore a be le makhabane ao re be re bue ka hore na re ka mo etsisa joang. Le hoja sehlooho sena se ngoletsoe bacha, kaofela ha rona re ka ithuta mohlaleng oa Daniele.
E-BA SEBETE JOALOKA DANIELE
4 Ho ka etsahala hore batho ba sebete ba tšohe empa ha ba lumelle hore seo se ba sitise ho etsa lintho tse nepahetseng. Daniele e ne e le mocha ea sebete. Nahana ka maemo a mabeli ao a ileng a bontša sebete ho ’ona. E ka ’na eaba boemo ba pele bo etsahetse lilemo tse peli ka mor’a hore Bababilona ba felise Jerusalema. Morena Nebukadnezare oa Babilona o ne a lorile toro e tšosang ea setšoantšo se seholohali. O ile a re o tla bolaea banna bohle ba bohlale ho akareletsa le Daniele haeba ba sa mo bolelle hore na o lorile eng hape ba sa hlalose toro ea hae. (Dan. 2:3-5) Daniele o ne a lokela ho bona hore na o etsa’ng ho seng joalo batho ba ne ba tl’o bolaoa. O ile “a ea ho morena, a mo kopa hore a mo fe nako ea hore a tl’o mo hlalosetsa toro eo.” (Dan. 2:16) Daniele o ile a bontša hore o sebete ebile o na le tumelo hobane ha ho na tlaleho e bontšang hore Daniele o kile a hlalosa litoro. O ile a kopa metsoalle ea hae eo mabitso a eona a Babilona e neng e le Shadrake, Meshake le Abednego hore “ba rapele Molimo oa leholimo, ba mo kope hore a ba hauhele ’me a ba senolele sephiri sena.” (Dan. 2:18) Jehova o ile a araba lithapelo tsa bona. Molimo o ile a thusa Daniele hore a hlalose toro ea Nebukadnezare. Daniele le metsoalle ea hae ha baa ka ba bolaoa.
5 Nakoana ka mor’a hore Daniele a hlalose toro ea setšoantšo se seholohali, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe hape e neng e hloka hore a be sebete. Nebukadnezare o ile a lora toro e ’ngoe e tšosang ea sefate se selelele haholo. Daniele o ile a bontša sebete ka hore a hlalosetse morena se neng se boleloa ke toro eo. O ile a ba a bolella morena hore o tla lahleheloa ke kelello le hore ho ne ho tla feta nako e itseng a sa buse. (Dan. 4:25) Morena o ne a ka nahana hore Daniele oa mo fetohela ebile o ne a ka mo bolaea. Empa Daniele o ile a bontša sebete ’me a hlalosa toro eo.
6 Ke’ng eo e ka ’nang eaba e thusitse Daniele hore a be sebete bophelo bohle ba hae? Ha Daniele a sa le monyenyane, o ile a ithuta mohlaleng o motle oa batsoali ba hae. Ba ne ba mamela litaelo tseo Jehova a neng a li file batsoali ba Baiseraele ’me ba ruta ngoana oa bona Molao oa Molimo. (Deut. 6:6-9) Daniele o ne a tseba Melao e Leshome le Melao e meng e akareletsang hore Baiseraele ba ne ba lokela ho ja’ng le hore ba ne ba sa lokela ho ja’ng. (Lev. 11:4-8; Dan. 1:8, 11-13) Daniele o ne a boetse a tseba ka histori ea batho ba Molimo le hore ho ile ha etsahala’ng ka bona ha ba ne ba sa mamele melao ea Jehova. (Dan. 9:10, 11) Lintho tse ileng tsa etsahalla Daniele li ile tsa mo thusa hore a kholisehe hore Jehova le mangeloi a hae a matla ba tla mo thusa.—Dan. 2:19-24; 10:12, 18, 19.
7 Daniele o ne a bala mangolo a baprofeta ba Molimo ho akareletsa le lengolo la moprofeta Jeremia. Ha Daniele a ntse a ithuta boprofeta boo, o ile a hlokomela hore Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babilona ka nako e telele ba haufi le ho lokolloa. (Dan. 9:2) Daniele o ile a bona ha boprofeta boo bo phethahala ’me seo se ile sa mo thusa hore a tšepe Jehova. Kahoo, batho ba tšepang Jehova ba ka khona ho ba sebete. (Bapisa le Baroma 8:31, 32, 37-39.) Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore Daniele o ne a lula a rapela Ntate oa hae ea leholimong. (Dan. 6:10) O ne a bolella Jehova libe tsa hae le kamoo a neng a ikutloa kateng. Daniele o ne a boetse a kopa thuso ho Jehova. (Dan. 9:4, 5, 19) Ha aa hlaha a le sebete hobane e ne e le motho joaloka rona. Empa ho ithuta mangolo a baprofeta, ho rapela le ho tšepa Jehova ho ile ha mo thusa hore a be sebete.
8 Re lokela ho etsa’ng e le hore re be sebete? Batsoali ba rona ba ka ’na ba re khothaletsa hore re be sebete empa ba ke ke ba etsa hore re be sebete joaloka bona. Ho ba sebete ho tšoana le ho ithuta ntho e ncha. Tsela e ’ngoe eo u ka ithutang ntho e ncha ke ka hore u shebe lintho tseo motho ea u rutang a li etsang ’me u mo etsise. Ka ho tšoanang, le rona re ba sebete ka hore re ithute mohlaleng oa batho ba bontšang sebete. Re ithutile’ng mohlaleng oa Daniele? Le rona re lokela ho tseba Lentsoe la Molimo hantle joaloka eena. Re lokela ho ba metsoalle ea Jehova ka hore re lule re bua le eena ’me re mo bolelle hore na re ikutloa joang. Hape re lokela ho tšepa Jehova le ho kholiseha hore o tla lula a re thusa. Ha re etsa joalo, re tla ba sebete ha re hlaheloa ke mathata.
9 Ho bontša sebete ho re tsoela molemo ka litsela tse ngata. Nahana ka mohlala oa Ben. O ne a kena sekolo naheng ea Jeremane moo batho bohle ba neng ba lumela hore lintho li ikentse le hore Bibele ha e bue ’nete ha e re lintho li bopiloe. Ka letsatsi le leng, Ben o ile a fuoa monyetla oa hore a eme ka pele ’me a hlalosetse bana ba tlelase ea hae hore na ke hobane’ng ha a lumela hore lintho li bopiloe. O ile a ba sebete ’me a ba bolella seo a se lumelang. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Ben o re: “Tichere ea ka e ne e mametse ka hloko ’me e ile ea etsa likopi tsa lintlha tseo ke neng ke li sebelisa ho tšehetsa litaba tsa ka eaba e fa ngoana e mong le e mong ka tlelaseng kopi ea hae.” Bana bao Ben a kenang tlelase le bona ba ile ba etsa’ng? Ben o re: “Ba bangata ba bona ba ile ba ’mamela ’me ba mpabatsa.” Mohlala oa Ben o bontša hore hangata batho ba hlompha batho ba sebete. Hape batho ba sebete ba ka thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova. Kahoo, re na le mabaka a utloahalang a hore re be sebete.
TŠEPAHALA JOALOKA DANIELE
10 Ka Bibeleng, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “tšepahala” kapa “lerato le tšepahalang,” le bolela tsela eo Molimo a ratang batho ba hae ka eona. Le boetse le hlalosa tsela eo batho ba Molimo ba ratanang ka eona. (2 Sam. 9:6, 7) Lerato lena le ba matla le ho feta ha nako e ntse e e-ea. A re boneng hore na Daniele o ile a bontša joang hore oa tšepahala.
11 Daniele o ile a tlameha ho bontša hore o tšepa Jehova ka makhetlo a mangata bophelong ba hae. O ile a hlaheloa ke bothata bo boholo ha a le lilemo tse ka holimo ho 90. Ka nako eo, Bababilona ba ne ba hapuoe ke Bamede le Bapersia ’me ba busoa ke Morena Dariuse. Banna ba neng ba sebeletsa Dariuse ba ne ba hloile Daniele ba bile ba sa hlomphe Molimo oa hae. Kahoo, ba ile ba rera ho bolaea Daniele. Ba ile ba etsa hore morena a saene molao o neng o tla bontša hore na Daniele o tšepahalla Molimo kapa morena. Ntho eo Daniele a neng a lokela ho e etsa ho bontša hore o tšepahalla morena le hore o tšoana le batho ba bang ke hore a khaotse ho rapela Jehova ka matsatsi a 30. Empa Daniele o ile a khetha ho tšepahalla Jehova. Ka lebaka leo, o ile a lahleloa ka sekoting sa litau. Jehova o ile a hlohonolofatsa Daniele ka hore a mo pholose melomong ea litau hobane a ile a mo tšepahalla. (Dan. 6:12-15, 20-22) Ke joang re ka lulang re tšepahalla Jehova joaloka Daniele?
12 Re se re ithutile hore re lokela ho rata Jehova haholo e le hore re mo tšepahalle. Daniele o ile a lula a tšepahalla Jehova hobane o ne a mo rata haholo. O ne a rata Jehova haholo hobane o ne a qeta nako a nahana ka makhabane a Jehova le tsela eo a neng a a bontša ka eona. (Dan. 9:4) Daniele o ile a boela a nahana ka lintho tse ntle tseo Jehova a ileng a mo etsetsa tsona le tseo a ileng a li etsetsa batho ba hae.—Dan. 2:20-23; 9:15, 16.
13 Kajeno bacha ba boemong bo tšoanang le boo Daniele a neng a le ho bona, ba phela har’a batho ba sa hlompheng Jehova le melao ea hae. E ka ’na eaba batho bao ha ba rate batho ba reng ba rata Molimo. Ba bang ba hlorisa bacha ba Lipaki e le hore ba se ke ba tšepahalla Jehova. Ka mohlala, hlokomela se ileng sa etsahalla Graeme e leng mocha ea lulang Australia. O ile a kopana le boemo bo thata ha a ne a le sekolong se phahameng. Tichere e ile ea ba botsa hore na ba ka etsa’ng haeba motsoalle oa bona a ka ba bolella hore ke gay. Tichere e ile ea re ba ka tšehetsang motsoalle oa bona ba eme ka lehlakoreng lena, ba sa mo tšehetseng ba eme ka lehlakoreng le leng. Graeme o re: “Bana kaofela ka tlelaseng ba ile ba ema ka lehlakoreng le tšehetsang motsoalle eo ntle le ’na le ngoana e mong eo e leng Paki ea Jehova.” Ntho e ileng ea etsahala ka mor’a moo e ne e tla bontša hore na Graeme o tšepahalla Jehova kapa che. O re: “Bana ba sekolo le tichere ba ile ba re soma hora kaofela. Ke ile ka leka kahohle ho buella lintho tseo ke li lumelang ke khobile matšoafo ebile ke bua ka tsela e bonolo empa ha baa ka ba ’mamela.” Graeme o ile a ikutloa joang? O re: “Ke ne ke utloile bohloko ha bana bao ke kenang sekolo le bona ba ntšoma empa ke ne ke thabile haholo hore ebe ke ile ka khona ho buella lintho tseo ke li lumelang.”
14 Ha re rata Jehova haholo re tla ikemisetsa ho lula re mo tšepahalla. Re rata Jehova le ho feta ha re ithuta ka makhabane a hae. Ka mohlala, re ka ithuta ka lintho tseo a li bopileng. (Bar. 1:20) Haeba u batla ho rata Jehova le ho mo hlompha le ho feta, u ka bala lihlooho tse khutšoanyane tse reng “Na e Entsoe?” kapa oa shebella livideo tsa tsona. U ka boela oa bala bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bopiloe? le ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking. Hlokomela seo mocha oa Paki ea lulang Denmark eo lebitso la hae e leng Esther a se buileng ka libukana tsena. O re: “Libukana tsena li beha mabaka ka tsela e monate. Ha li u bolelle hore na u lumele eng empa li fana ka mabaka a utloahalang ebe uena u iketsetsa qeto.” Ben eo re buileng ka eena o re: “Libukana tsena li matlafalitse tumelo ea ka haholo. Li mphile bopaki ba hore Molimo ke eena ea bopileng lintho.” Ka mor’a hore u ithute libukana tsena, u tla lumellana le mantsoe a Bibele a reng: “Jehova Molimo oa rona ea matla, u tšoaneloa ke ho rorisoa le ho hlomphuoa hobane u bopile lintho tsohle.”—Tšen. 4:11.
15 Ntho e ’ngoe e ka re thusang hore re tsebe Jehova ke ha re ithuta ka bophelo ba Mora oa hae e leng Jesu. Ke sona seo mocha oa Paki ea lulang naheng ea Jeremane eo lebitso la hae e leng Samira a ileng a se etsa. O re: “Ke ile ka tseba Jehova ha ke ntse ke ithuta ka Jesu.” Ha Samira a ntse a le monyenyane, o ne a sa utloisise hore Jehova o na le maikutlo. Empa o ne a utloisisa hore na Jesu o ne a ikutloa joang. O boetse o re: “Ke ne ke rata Jesu hobane e ne e le motho oa batho a bile a rata bana.” Ha a ntse a ithuta ka Jesu o ile a tseba Jehova le ho mo rata le ho feta. Hobane’ng? O re: “Ke ile ka qala ho utloisisa hore Jesu o etsa lintho joaloka Ntate oa hae. Ba tšoana hantle. Ke ile ka hlokomela hore lena ke le leng la mabaka ao Jehova a rometseng Jesu lefatšeng e le hore batho ba ka tseba Jehova.” (Joh. 14:9) Haeba u batla ho tseba Jehova le ho mo rata, iphe nako ea ho ithuta ka Jesu. Haeba u etsa joalo, u tla rata Jehova le ho feta ebile u tla lula u mo tšepahalla.
16 Hangata batho ba tšepahalang ba ba le metsoalle e ba tšepahallang. (Ruthe 1:14-17) Hape batho ba tšepahallang Jehova ba lula ba e-na le khotso. Hobane’ng? Hobane Jehova o tšepisa hore o tla tšepahalla batho ba mo tšepahallang. (Bala Pesaleme ea 18:25; Mikea 6:8.) Ak’u nahane feela, ’Mopi ea Matla ’Ohle o ikemiselitse ho lula e le motsoalle oa rona. Ha Jehova e le motsoalle oa rona, ha ho na ntho e ka re arohanyang le eena, ebang ke mathata, bahanyetsi kapa lefu. (Dan. 12:13; Luka 20:37, 38; Bar. 8:38, 39) Kannete ke habohlokoa hore re etsise mohlala oa Daniele le hore re lule re tšepahalla Jehova.
TSOELA PELE U ITHUTA MOHLALENG OA DANIELE
17 Sehloohong sena re buile ka makhabane a mabeli feela a Daniele empa ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho eena. Ka mohlala, Jehova o ile a bontša Daniele lipono, a etsa hore a lore litoro a ba a mo fa bokhoni ba hore a hlalose boprofeta. Boholo ba boprofeta boo bo se bo phethahetse. Bo bong bo bua ka lintho tse tla etsahala nakong e tlang, tse tla ama motho e mong le e mong lefatšeng.
18 Sehloohong se latelang, re tl’o bua ka litlaleho tse peli tsa boprofeta ba Daniele. Ho utloisisa boprofeta bona ho ka re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng, ebang re banyenyane kapa re baholo. Boprofeta bona bo tla re thusa hore re itokisetse lintho tse tla etsahala haufinyane hobane re tla be re le sebete ebile re tšepahalla Jehova.
KHAOLO EA 38
Ba Ile ba Pholoha Seboping se Tukang sa Mollo
Na u ne u Tseba?
Litene tse fumanoeng moo Babilona ea boholo-holo e neng e le teng le mokhoa oo li neng li etsoa ka oona li paka joang hore Bibele e nepahetse?
BAEPOLLI ba lintho tsa khale ba ile ba fumana litene tse ngata tse ileng tsa sebelisoa ho haha motse oa Babilona ha ba ne ba cheka moo motse oo o neng o le hona teng. Moepolli e mong oa lintho tsa khale ea bitsoang Robert Koldewey o re litene tseo li ne li chesetsoa liboping “tse ka ntle ho motse moo letsopa le lintho tse neng li sebelisoa ho besa litene tseo . . . li neng li le ngata.”
Baepolli ba lintho tsa khale ba boetse ba na le bopaki ba hore ba boholong pusong Babilona ba ne ba boetse ba sebelisa libopi tsena ho etsa lintho tse ling tse sehloho. Setsebi sa histori le puo ea khale ea Asiria e leng moprofesa Paul-Alain Beaulieu oa Univesithi ea Toronto o re: “Libuka tse ngata tsa Bababilona . . . li bontša hore morena o ile a laela hore ba sa mo mameleng kapa ba sa hlompheng lintho tseo a neng a li nka li halalela ba akheloe ka seboping sa mollo.” Ka mohlala, buka e ’ngoe ea mehleng ea Morena Nebukadnezare e re: “Ba bolaeeng, ba cheseng, ba pheheng, . . . ba akheleng mollong . . . e le hore mosi oa bona o ka kubella.”
Taba ena e re hopotsa ketsahalo e hlahang ho Daniele khaolo ea boraro. Khaolo eo e re Morena Nebukadnezare o ile a beha setšoantšo se seholo sa khauta thoteng ea Dura ka ntle ho motse oa Babilona. Ha Shadrake, Meshake le Abednego ba hana ho khumamela setšoantšo seo, Nebukadnezare o ile a loloma ke bohale. O ile a “laela hore sebopi se beseletsoe ka makhetlo a supileng ho feta kamoo ba neng ba tloaetse ho se beseletsa kateng” ’me banna bao ba ile ‘ba lahleloa ka seboping se tukang sa mollo.’ Lengeloi le matla le ile la ba pholosa.—Dan. 3:1-6, 19-28.
Litene tse fumanoeng Babilona le tsona lia paka hore Bibele e nepahetse. Boholo ba litene tsena li ngotsoe mantsoe a rorisang morena. A mang a mantsoe a ngotsoeng moo a re: “Nebukadnezare, Morena oa Babilona . . . Phaleisi eo ’na Morena e Moholo ke e hahileng . . . E se eka meloko ea ka e ka busa Babilona ka ho sa feleng.” Mantsoe ana a tšoana haholo le a hlahang ho Daniele 4:30 moo Nebukadnezare ka boikhohomoso a ileng a re: “Na ee ha se Babilona e Moholo eo ’na ka bonna ke e hahetseng ntlo ea borena ka matla a ka hore ke tlotlisoe ke be ke hlomphuoe?”
Ba Lekiloe—Empa ba Tšepahetse ho Jehova!
14 Lebitso la Daniele le ile la fetoleloa ho Belteshazare, e bolelang “Sireletsa Bophelo ba Morena.” Ho hlakile hore lebitso lena e ne e le khutsufatso ea thapeli e lebisoang ho Bele, kapa Marduk, molimo o ka sehloohong oa Babylona. Ebang Nebukadnezare o ile a ameha ho khetheleng Daniele lebitso lena kapa che, o ile a ba motlotlo ho lumela hore le ne le khethiloe “ho ea ka lebitso la molimo oa [hae].” (Daniele 4:8) Hanania o ile a boela a rehoa Shadrake, eo litsebi tse ling li lumelang hore ke lebitso le kopantseng mantsoe a sa tšoaneng le bolelang “Taelo ea Aku.” Ho thahasellisang ke hore Aku e ne e le lebitso la molimo oa Sumere. Mishaele o ile a boela a rehoa Meshake (eo e ka ’nang eaba e ne e le Mi·sha·aku), mohlomong e le ho sothoa ka bohlale ha “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?” hore e be “Ke Mang ea Leng Seo Aku a Leng Sona?” Lebitso la Azaria la Sebabylona e ne e le Abednego, eo e ka ’nang eaba e bolela “Mohlanka oa Nego.” “Nego” ke sebopeho se seng sa “Nebo,” eo e leng lebitso la molimo eo babusi ba bangata ba Babylona le bona ba neng ba reheletsoe ka eena.
Tumelo ea Bona e Ile ea Pholoha Liteko Tse Matla
3 Nahana ka Morena Nebukadnezare. Lebitso la hae ka bolona le bolela “Nebo, Sireletsa Mojalefa!” Nebo e ne e le molimo oa Babylona oa bohlale le oa temo. Nebukadnezare e ne e le motho ea ratang bolumeli haholo. Joalokaha ho boletsoe pejana, o ile a haha le ho khabisa litempele tsa melimo e mengata ea Babylona ’me o ne a inehetse ka ho khetheha ho Marduk, eo a neng a mo tlotla ha a hlola lintoa. Ho boetse ho bonahala hore Nebukadnezare o ne a itšetlehile haholo ka bonohe bakeng sa ho rala merero ea hae ea ntoa.—Ezekiele 21:18-23.
Tumelo ea Bona e Ile ea Pholoha Liteko Tse Matla
10 Ho sa tsotellehe ho inehela ha bona ho melimo e sa tšoaneng e sireletsang, ba bangata ho ba bokaneng ka pel’a setšoantšo sa Nebukadnezare ba ne ba ke ke ba ikutloa ba le molato ka ho se rapela. Setsebi se seng sa Bibele se hlalositse hore: “Kaofela ba ne ba tloaetse ho rapela litšoantšo, ’me ho rapela ha bona molimo a le mong ho ne ho sa ba thibele ho isa tlotla ho o mong hape.” Se ile sa tsoela pele ho re: “Ho ne ho lumellana le maikutlo a neng a atile a barapeli ba litšoantšo a hore ho ne ho e-na le melimo e mengata . . . le hore ho ne ho loketse ho isa tlotla ho molimo oa batho leha e le bafe kapa naha.”
Lihlooho tse websaeteng “Tsa Bacha”
Ba Pholosoa Seboping sa Mollo!
TSA BACHA
Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.
Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Shadrake, Meshake, Abednego le Nebukadnezare
Kakaretso: Tumelo ea bacha ba bararo ba Baheberu ea lekoa.
1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA DANIELE 3:1-30.
Hlalosa melumo eo u e “utloileng” ha u ne u bala temana ea 3-7.
. . . . .
U nahana hore sebopi sa mollo se ne se le joang?
. . . . .
U nahana hore Nebukadnezare o ne a ikutloa joang ha a fana ka taelo ea hore sebopi se beseletsoe ka makhetlo a supileng ho feta kamoo ho neng ho tloaelehile? (Bala temana ea 19 le ea 20 hape.)
. . . . .
Hlalosa kamoo u nahanang hore monna oa bone ea neng a le ka mollong o ne a shebahala kateng. (Bala temana ea 24 le ea 25 hape.)
. . . . .
Ke litšobotsi life tseo u li hlokomelang ho Shadrake, Meshake le Abednego ha ba araba Nebukadnezare temaneng ea 16-18?
. . . . .
2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.
U sebelisa mokhoa leha e le ofe oa ho etsa lipatlisiso, fumana hore na setsoe se sekae, ebe u sebetsa lipalo ho fumana hore na setšoantšo se neng se entsoe ke Nebukadnezare se ne se le bophahamo le bophara bo bokae. (Bala temana ea 1 hape.)
. . . . .
Ha u bapisa temana ea 19 le 20 le ea 28 le 29, ho bonahala eka Nebukadnezare e ne e le motho oa mofuta ofe?
. . . . .
3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .
Ho hlompha ba etellang pele.
. . . . .
Bohlokoa ba ho ema u tiile ho seo u se lumelang.
. . . . .
Kamoo Jehova a re thusang kateng linakong tsa ha re lekoa.
. . . . .
LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.
Ke maemong afe ao ho ’ona tumelo ea hao e ka ’nang ea lekoa?
. . . . .
Tlaleho ee ea Shadrake, Meshake le Abednego e tla u thusa joang hore u lule u tšepahala?
. . . . .
4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?
. . . . .
KHAOLO EA 39
“Haeba ke Shoa, ke Shoe”
ia 138, lebokose
O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
Na buka ea Esthere e lumellana le histori?
Bahlahlobisisi ba bolela hore buka ena ha e lumellane le histori. Leha ho le joalo litsebi tse ling li hlokometse hore mongoli oa buka ena o bontšitse tsebo e hlollang ka puso ea Persia, mehaho le mekhoa ea teng. Ke ’nete hore ha ho na moo ho buuoang ka Mofumahali Esthere litokomaneng tse sa amaneng le Bibele tse fumanehang kajeno, empa Esthere ha se eena feela motho ea neng a phahame boreneng ea tlositsoeng litlalehong tsa sechaba. Ho feta moo litlaleho tse sa amaneng le Bibele li bontša hore monna ea bitsoang Mardukâ, e leng Mordekai ka Sepersia, o ile a sebeletsa e le molaoli oa lekhotla Shushane ka nako e hlalositsoeng bukeng ena.
O Ile a Emela Batho ba Molimo
18 Monna ea bitsoang Hamane o ile a behoa boemong bo phahameng ntlong ea borena ea Assueruse. Morena o ile a etsa Hamane tona-kholo, ea e-ba eena moeletsi ea ka sehloohong le letsoho la morena. Morena o ile a ba a ntša taelo ea hore ha batho bohle ba bona letona lena la hae, ba lokela ho le inamela. (Esth. 3:1-4) Molao oo e ne e le bothata ho Mordekai. O ne a lumela hore o lokela ho mamela morena empa eseng ho feta ho hlompha Molimo. Ha e le hantle, Hamane e ne e le Moagage. Seo se bolela hore e ne e le setloholo sa Agage, morena oa Baamaleke ea ileng a bolaoa ke moprofeta oa Molimo, Samuele. (1 Sam. 15:33) Baamaleke ba ne ba le khopo hoo ba ileng ba iketsa lira tsa Jehova le tsa Baiseraele. Molimo o ne a sa amohele sechaba sa Baamaleke. (Deut. 25:19) Joale, ke joang Mojuda ea tšepahalang a neng a ka inamela Moamaleke? Mordekai o ne a ke ke a etsa joalo. O ile a ema a tiile ho seo a se lumelang. Ho fihlela lena le holimo, banna le basali ba bontšang tumelo ba ’nile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba mamele molao-motheo ona: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Lik. 5:29.
Na u Lokela ho Tataisoa ke Tlhaloso ea Linomoro?
Bibele ha e bolele mokhoa ona oa ho hlalosa linomoro ka ho toba. Empa e bua ka Hamane, Moamaleke ea ileng a rera bobe ba ho timetsa Bajuda ba neng ba phela Persia lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Tlaleho e re: “Hamane a laela hore ho lahloe lotho (e ne e bitsoa ‘purim’) ho fumana hore na letsatsi le khoeli tse loketseng ke life bakeng sa ho phetha morero oa hae. Ha etsoa qeto ea hore e tla ba ka letsatsi la leshome le metso e meraro, khoeling ea leshome le metso e ’meli, khoeli ea Adare.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rona; Esthere 3:7, Today’s English Version.
Mehleng ea boholo-holo, ho lahla lotho e ne e le mokhoa oa molao oa ho khaola khang. (Liproverbia 18:18) Empa Hamane o ile a lahla lotho bakeng sa ho noha—ntho eo Bibele e e nyatsang. Deuteronoma 18:10-12 e re Molimo o hloile “leha e le mang ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele . . . E mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.”
Bibele e amahanya bonohe le matla a mohlolo le tšebelisano le meea. Meea e khopo e ka laola liketsahalo hore li tšoanele morero oa eona. Ebang sena ke ’nete maemong a ikhethang, ’nete ea sala: Molimo o nyatsa tšebelisano le meea, ’me e ka etsa hore motho a be tlas’a taolo ea meea e khopo.—1 Samuele 15:23; Baefese 6:12.
ia 142, lebokose
O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
Boprofeta bo Phethahetseng
Ka ho loanela batho ba Molimo, Esthere le Mordekai ba ile ba phethahatsa boprofeta bo bong ba Bibele. Lilemo tse fetang 1 200 pele ho moo, Jehova o ile a bululela mopatriareka Jakobo hore a bolele sena esale pele mabapi le e mong oa bara ba hae: “Benjamine o tla ’ne a rusolle joaloka phiri. Hoseng o tla ja phoofolo e nkiloeng ’me mantsiboea o tla arola thepa e hapuoeng.” (Gen. 49:27) “Hoseng,” e leng mathoasong a histori ea borena ba Iseraele, litloholo tsa Benjamine li ne li akarelletsa Morena Saule le bahlabani ba bang ba matla ba neng ba loanela batho ba Jehova. “Mantsiboea,” ka mor’a hore letsatsi le likelle lesika la borena la Iseraele, e leng qetellong ea histori eo ea borena, Esthere le Mordekai, bao ka bobeli e leng ba moloko oa Benjamine, ba ile ba loantša lira tsa Jehova ’me ba li hlola. Ka tsela e itseng le bona ba ile ba arola thepa e hapuoeng hobane letlotlo le lengata la Hamane le ile la ea ho bona.
KHAOLO EA 40
O Ile a Tsosolosa Marako
Re u Lome Tsebe?
Mosebetsi oa moqhatsetsi oa morena e ne e le ho etsa’ng?
Nehemia e ne e le moqhatsetsi oa Morena Artaxerxese oa Persia. (Nehemia 1:11) Mabaleng a ntlo ea borena mehleng ea boholo-holo, Bochabela bo Hare, ho ba moqhatsetsi oa morena e ne e se mosebetsi o khelloang tlase. Ho e-na le hoo, e ne e le mosebetsi oa liofisiri tse boemong bo phahameng. Lingoloa tsa boholo-holo le litšoantšo tse ngata tse bontšang baqhatsetsi ba mehleng eo li etsa hore re fihlele qeto e itseng mabapi le mosebetsi oo Nehemia a neng a o etsa lebaleng la ntlo ea borena Persia.
Moqhatsetsi o ne a latsoa veine ea morena e le ho mo sireletsa haeba e tšetsoe chefo. Kahoo, moqhatsetsi e ne e e-ba motho eo morena a mo tšepang haholo. Setsebi Edwin M. Yamauchi, se re: “Bohlaba-phio bo neng bo jele setsi mehleng eo bo bontša hantle hore ho ne ho hlokahala hore batho ba sebetsang ka lebaleng la borena ’Musong oa Persia e be ba ka tšeptjoang.” Hape e ka ’na eaba moqhatsetsi e ne e le mohlanka ea ratoang ke morena haholo, ea neng a e-na le tšusumetso e kholo ho eena. Kaha o ne a sebetsa haufi haholo le morena letsatsi le letsatsi e ka ’na eaba ke eena ea neng a etsa qeto ea hore na ke mang ea ka kopanang le morena.
E ka ’na eaba boemo boo ba Nehemia ke bona bo ileng ba etsa hore a atlehe ha a kopa morena hore a khutlele Jerusalema hore a e’o haha marako. E tlameha ebe Nehemia e ne e le motho oa bohlokoa haholo ho morena. The Anchor Bible Dictionary e re: “Karabo ea morena e bile feela ho re, ‘U tla khutla kapele hakae?’”—Nehemia 2:1-6.
Jehova o Tla Etsa Hore u mo Sebeletse Joang?
11 Lilemo tse makholo hamorao, barali ba Shalume ba ne ba le har’a batho bao Jehova a ileng a ba sebelisa ho lokisa marako a Jerusalema. (Neh. 2:20; 3:12) Le hoja Shalume e ne e le khosana, barali ba hae ba ne ba ikemiselitse ho etsa mosebetsi oo o thata le o kotsi. (Neh. 4:15-18) Ba ne ba sa tšoane ho hang le banna ba hlomphehang ba Batekooa ba sa kang ba kenya letsoho mosebetsing o neng o etsoa. (Neh. 3:5) U nahana hore barali ba Shalume ba ile ba ikutloa joang ha mosebetsi oa ho haha lerako o fela ka matsatsi a 52 feela? (Neh. 6:15) Le mehleng ena, ho na le baralib’abo rona ba ikemiselitseng ho etsetsa Jehova tšebeletso e khethehileng, e kang ho ba kahong le mafapheng a lokisang mehaho e sebelisoang bakeng sa borapeli ba Jehova. Re hloka barali bana babo rona ba nang le boiphihlelo, ba chesehang le ba tšepahalang e le hore mosebetsi ona o atlehe.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Nehemia
4:17, 18—Motho o ne a ka kopanela mosebetsing oa ho tsosolosa joang a sebetsa ka letsoho le le leng? Ho ne ho ke ke ha e-ba thata hore bajari ba meroalo ba hahe ka letsoho le le leng. Ba ne ba ka roala moroalo habonolo hloohong kapa ba o jara mahetleng, ebe ba o tšoara ka letsoho le le leng “ha letsoho le leng le . . . tšoere lerumo.” Lihahi tse neng li lokela ho sebelisa matsoho a mabeli, “li ne li hlometse, se seng le se seng ka sabole lethekeng la sona, ha li ntse li haha.” Lihahi le bajari ba meroalo ba ne ba loketse ho loana haeba lira li ka hlasela.
Lula u na le Kamano e Ntle le Molimo le ha u Sebeletsa Tšimong ea Puo e ’Ngoe
4 Ho se khone ho utloisisa hantle seo Lentsoe la Molimo le se rutang ka puo e ’ngoe ho ka thefula kamano ea rona le Molimo. Lekholong la bohlano la lilemo mehleng ea pele ho Kreste, Nehemia o ile a tšoenyeha ha a hlokomela hore bana ba bang ba Bajuda ba neng ba khutletse Jerusalema ho tsoa Babylona ba ne ba sa tsebe ho bua Seheberu. (Bala Nehemia 13:23, 24.) Bana bao ba ne ba sa khone ho latela litaelo tsa Molimo ka ho feletseng, kaha ba ne ba sa utloisise hantle melao ea hae.—Neh. 8:2, 8.
Lihlooho tse websaeteng “Tsa Bacha”
Molimo o Ile a Araba Thapelo ea Hae
TSA BACHA
Litaelo: Etsetsa mosebetsi ona sebakeng se khutsitseng. Ha u ntse u bala mangolo, inke hore u shebeletse liketsahalo tseo. Bona liketsahalo tseo ka leihlo la kelello. Utloa ha batho ba bua. Ikutloe ka tsela eo batho bao ho buuoang ka bona ba ikutloang ka eona. Phelisa ketsahalo eo.
Batšoantšisi ba sehlooho: Nehemia, Morena Artaxerxese, Sanbalate le Tobia
Kakaretso: Nehemia o rapela Molimo, o kopa morena hore a mo lumelle ho ea Jerusalema, ’me o hlola litšitiso.
1 NAHANA KA KETSAHALO EO.—BALA NEHEMIA 2:1-20.
U nahana hore batho baa ba hlahang tlalehong ee ba ne ba shebahala joang?
Nehemia: ․․․․․
Morena Artaxerxese: ․․․․․
Sanbalate le Tobia: ․․․․․
U nahana hore ke hobane’ng ha thapelo ea Nehemia e ne e le khutšoanyane?
․․․․․
Hlalosa hore na u nahana hore Jerusalema e ne e le joang ha Nehemia a fihla teng. (Bala temana ea 13 le 14 hape.)
․․․․․
U nahana hore Nehemia o ne a bua ka lentsoe le joang temaneng ea 17?
․․․․․
2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.
U nahana hore Nehemia o ile a rapella eng? (Bala Nehemia 1:4-11.)
․․․․․
E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Nehemia a ile a etsa qeto ea hore Artaxerxese o tla mo lumella ho khutlela Jerusalema? (Bala Esdrase 7:1-6; Liproverbia 21:1.)
․․․․․
Bajuda ba ile ba ‘matlafatsa matsoho a bona bakeng sa mosebetsi o molemo’ joang? (Bala Nehemia 2:18; Esaia 35:3.)
․․․․․
Ke’ng e u khahlang ka tsela eo Nehemia a ileng a araba Sanbalate le Tobia ka eona? (Bala Nehemia 2:20.)
․․․․․
3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA.
Ngola seo u ithutileng sona ka . . .
Matla a thapelo.
․․․․․
Kamoo Jehova Molimo a thusang barapeli ba hae kateng ha ba bua ba sa tšabe letho.
․․․․․
4 IPOTSE:
Haeba ke utloile bohloko kapa ke koatile, nka etsisa Nehemia joang?
․․․․․
Ha batho ba bang ba ntšoma ka seo ke se lumelang, ke tla bontša joang hore ke tšepa Jehova?
․․․․․
Tlalehong ee, ke thuto efe ea bohlokoa ka ho fetisisa ho ’na, hona hobane’ng?
․․․․․
Tlhahiso: U sebelisa mekhoa ea ho etsa lipatlisiso eo u nang le eona, fumana metse ea boholo-holo ea Shushane le Jerusalema ’mapeng. (Nehemia 1:1) Lekanyetsa hore na metse ena e ’meli e ne e arohane ka sebaka se sekae, ebe joale u oa nahana hore na ho ne ho tla ba boima hakae ho uena—joaloka Nehemia —hore u tsamaee sebaka se sekaalo u tloha heno, u sa sebelise mekhoa ea kajeno ea lipalangoang.