Litšupiso Tsa E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo—Karolo ea 1
© 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
KHAOLO EA 1
O Ile a Tsamaea le Molimo
Enoke o Ile a Tsamaea le Molimo Lefatšeng la Batho ba sa Tšabeng Molimo
Mehleng ea Enoshe, hoo e ka bang lilemo tse makholo a mane pele ho nako ea Enoke, batho ba ‘ile ba qala ho ipiletsa lebitsong la Jehova.’ (Genese 4:26) Lebitso la Molimo le ne le ’nile la sebelisoa ho tloha ha batho ba qala ho ba teng. Kahoo, ho hlakile hore ho ileng ha qaleha mehleng ea Enoshe e ne e se ho ipiletsa lebitsong la Jehova ka tumelo le ka borapeli bo hloekileng. Litsebi tse ling tsa Seheberu li bolela hore Genese 4:26 e lokela hore e re “ba qala ka mokhoa o hlomphollang,” kapa “joale ba qala ho hlompholla.” Mohlomong batho ba ne ba ipitsa ka lebitso la Jehova kapa ba le sebelisa ho bitsa batho ba bang bao ba neng ba etsa eka ba rapela Molimo ka bona. Kapa mohlomong ba ne ba le sebelisetsa litšoantšo tse rapeloang.
Enoke o Ile a Tsamaea le Molimo Lefatšeng la Batho ba sa Tšabeng Molimo
Ka nepo re ka etsisa tumelo ea batho ba tšabang Molimo. (Baheberu 13:7) Ke ka tumelo Enoke a ileng a sebeletsa e le moprofeta oa pele ea tšepahalang oa Molimo. Batho ba mehleng ea Enoke ba ne ba tšoana le ba mehleng ea rona—ba le mabifi, ba hlompholla, ba sa tšabe Molimo. Leha ho le joalo, Enoke o ne a sa tšoane le bona. O ne a e-na le tumelo ea ’nete ’me a beha mohlala ho ineheleng ho Molimo. E, Jehova o ile a mo fa molaetsa o matla oa kahlolo hore a o bolele, empa o ile a mo matlafatsa hore a o bolele. Ka sebete Enoke o ile a phetha thomo ea hae, ’me Molimo o ile a mo hlokomela har’a khanyetso ea lira.
Ho ba Sebete ka Lebaka la Tumelo le ho Tšaba Molimo
13 Re ka ithuta ho hongata ka tumelo le sebete ka ho hlahloba mohlala o behiloeng ke paki e ’ngoe ea pele ho Bokreste—e leng Enoke. Esita le pele Enoke a qala ho profeta, mohlomong o ne a tseba hore tumelo ea hae le sebete li ne li tla lekoa. Joang? Hobane Jehova o ne a ile a bolela serapeng sa Edene hore, ho ne ho tla ba le bora kapa lehloeo pakeng tsa ba sebeletsang Molimo le ba sebeletsang Satane Diabolose. (Genese 3:15) Enoke o ne a boetse a tseba hore lehloeo lena le ne le ile la hlaha qalong ea histori ea moloko oa batho ha Kaine a ne a bolaea Abele moen’ae. Ha e le hantle, ntat’a bona, e leng Adama, o ile a phela lilemo tse ka bang 310 ka mor’a hore Enoke a tsoaloe.—Genese 5:3-18.
14 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe lintlha tsena, ka sebete Enoke o ile “a tsoela pele ho tsamaea le Molimo oa ’nete” ’me a nyatsa “lintho tsohle tse tšosang” tseo batho ba neng ba li bua khahlanong le Jehova. (Genese 5:22; Juda 14, 15) Ho hlakile hore ho emela ha Enoke borapeli ba ’nete ka sebete ho ile ha etsa hore a be le lira tse ngata, tse ileng tsa beha bophelo ba hae kotsing. Boemong bona, Jehova o ile a sireletsa moprofeta oa hae hore a se ke a utloa bohloko ba lefu. Ka mor’a ho senolela Enoke hore “o ne a khahlisitse Molimo,” Jehova o ile a mo ‘fallisa’ ho tloha bophelong ho ea lefung, mohlomong sena se etsahetse nakong eo kelello ea hae e neng e hapehile torong ea boprofeta.—Baheberu 11:5, 13; Genese 5:24.
Tsamaea le Molimo Linakong Tsena Tse Moferefere
“Enoke a ’na a tsamaea le Molimo oa ’nete. Joale ha aa ka a hlola a e-ba teng, etsoe Molimo o ile a mo nka.”—GENESE 5:24.
KA SEBELE tsena ke linako tse moferefere! Mantsoe ana a opa khomo lenaka ha a hlalosa lilemo tsa merusu le pefo tseo moloko oa batho o phetseng ho tsona haesale ho tsoaloa ’Muso oa Bomesia ka 1914. Nakong ena kaofela, batho ba bile “matsatsing a ho qetela.” Mahlomola a kang litlala tsa sekoboto, maloetse, litšisinyeho tsa lefatše le lintoa a ba hlasetse ka tsela e e-s’o ka e bonoa. (2 Timothea 3:1; Tšenolo 6:1-8) Barapeli ba Jehova le bona ba hlaheloa ke lintho tsena. Ka tsela e itseng, kaofela ha rona re lokela ho loana le mathata le ho se tsitse ha linako tseo re phelang ho tsona. Lintho tse ling tse thatafatsang bophelo haholo ke khatello ea moruo, merusu ea lipolotiki, tlolo ea molao le ho kula.
2 Ho phaella moo, bahlanka ba bangata ba Jehova ba ’nile ba mamella mahloriso a mangata a bohloko hobane Satane o ntse a tsoela pele ho loantša “ba bolokang litaelo tsa Molimo ’me ba e-na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu.” (Tšenolo 12:17) Le hoja boholo ba rona re e-s’o hlorisoe ka ho toba, Bakreste bohle ba ’nete ba tlameha ho loana le Satane Diabolose hammoho le moea oo a o hlohlelletsang har’a batho. (Baefese 2:2; 6:12) Kaha re kopana le moea ona mosebetsing, sekolong le kae kapa kae moo re bang le batho ba sa thabeleng borapeli bo hloekileng, ho hlokahala hore re lule re falimehile e le hore o se ke oa re hahlamela.
Tsamaea le Molimo, Eseng le Lichaba
3 Ka tsela e tšoanang, lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ile ba loantša moea oa lefatše lena ka thata, ’me sena se ile sa ba etsa hore ba fapane ka ho feletseng le bao e neng e se karolo ea phutheho ea Bokreste. Pauluse o ile a hlalosa phapang ena ha a ne a ngola a re: “Ka hona, sena kea se bua le ho se paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaea feela joalokaha lichaba le tsona li tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello tsa tsona, ha li ntse li le lefifing likelellong, ’me li arohile bophelong ba Molimo, ka lebaka la ho hloka tsebo ho leng ho tsona, ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa tsona. E le tse feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro, li ineheletse boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.”—Baefese 4:17-19.
4 Ka sebele mantsoe ana a hlalosa hantle lefifi le letšo la moea le la boitšoaro la batho ba mehleng ea Pauluse le ba mehleng ea rona! Joaloka lekholong la pele la lilemo, kajeno Bakreste ‘ha ba sa hlola ba tsamaea feela joalokaha lichaba le tsona li tsamaea.’ Ho e-na le hoo, ba fuoe tlotla e kholo ea ho tsamaea le Molimo. Ke ’nete hore batho ba bang ba ka ’na ba botsa hore na ebe hoa utloahala ho bolela hore batho ba nama le mali, ba sa phethahalang ba tsamaea le Jehova. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ba ka tsamaea le eena. Ho feta moo, Jehova o lebeletse hore ba etse joalo. Lekholong la borobeli la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rona, moprofeta Mikea o ile a ngola mantsoe a latelang a bululetsoeng: “Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”—Mikea 6:8.
U ka Tsamaea le Molimo Joang Hona e le ka Lebaka Lefe?
5 Re ka tsamaea le Molimo ea matla ’ohle le ea sa bonahaleng joang? Ho totobetse hore ha se ka tsela eo re tsamaeang le batho ba bang ka eona. Ka Bibeleng poleloana e reng ‘ho tsamaea’ e ka bolela “ho etsa lintho ka tsela e itseng.” Ka lebaka leo, rea utloisisa hore motho ea tsamaeang le Molimo o nka tsela e raliloeng ke Molimo le e mo khahlisang. Ho phehella tsela eo ho re khetholla ho batho ba bangata bao re phelang har’a bona. Leha ho le joalo, ke eona khetho feela e loketseng Mokreste. Hobane’ng? Ho na le mabaka a mangata.
6 La pele, Jehova ke ’Mopi oa rona, ke eena Mohloli oa bophelo ba rona le Mofani oa sohle seo re se hlokang hore re phele. (Tšenolo 4:11) Ka lebaka leo, ke eena feela ea nang le tokelo ea ho re bolella hore na re tsamaee joang. Ho phaella moo, ha ho na tsela e ’ngoe e molemo ho feta ho tsamaea le Molimo. Jehova o lokiselitse hore ba tsamaeang le eena ba tšoareloe libe, ’me o ba fa tšepo e tiileng ea bophelo bo sa feleng. Ntat’a rona ea lerato oa leholimo o boetse o fana ka keletso e bohlale e thusang ba tsamaeang le eena hore ba atlehe bophelong hona joale. ’Me o etsa sena ho sa tsotellehe hore ha baa phethahala le hore ba phela lefatšeng le rapaletseng matleng a Satane. (Johanne 3:16; 2 Timothea 3:15, 16; 1 Johanne 1:8; 2:25; 5:19) Lebaka le leng la hore re tsamaee le Molimo ke hore ha re etsa joalo ka boithatelo, phutheho e ba le khotso le bonngoe.—Bakolose 3:15, 16
7 La ho qetela, ebile e le la bohlokoahali, ha re tsamaea le Molimo, re bontša hore na re eme hokae tsekong e kholo ea bobusi e ileng ea hlahisoa serapeng sa Edene. (Genese 3:1-6) Re bontša ka tsela eo re phelang ka eona hore re tšehetsa Jehova ka ho feletseng, ’me re bolela ka sebete hore ke eena feela ’Musi ea loketseng. (Pesaleme ea 83:18) Kahoo, re etsa lintho tumellanong le thapelo ea rona ea hore lebitso la Molimo le halaletsoe le hore thato ea hae e etsoe. (Matheu 6:9, 10) Ka sebele batho ba khethang ho tsamaea le Molimo ba bohlale! Ba ka kholiseha hore ba tsamaea ka tsela e nepahetseng, kaha Jehova ke “ea bohlale a le mong.” Ha ho mohla a fosang.—Baroma 16:27.
8 Leha ho le joalo, ebe ke eng e ka re nolofalletsang ho phela joaloka Bakreste ha maemo a lefatše a le moferefere hakaale ebile batho ba bangata ba sa thahaselle ho sebeletsa Jehova? Re fumana karabo ha re nahana ka banna ba tšepahalang ba boholo-holo ba ileng ba tšepahala kamehla linakong tse thata haholo. Ba babeli ba bona e ne e le Enoke le Noe. Ka bobeli ba phetse mehleng e batlang e tšoana le ea rona ea ha bobe bo ne bo atile. Mehleng ea Noe, lefatše le ne le tletse pefo le boitšoaro bo bobe. Empa, Enoke le Noe ba ile ba hana moea oa batho ba mehleng ea bona eaba ba tsamaea le Jehova. Ke eng e ileng ea ba thusa ho etsa joalo? Re tla araba potso eo ka ho tšohla mohlala oa Enoke sehloohong sena. Sehloohong se latelang teng re tla bua ka Noe.
Enoke o Ile a Tsamaea le Molimo Linakong Tse Moferefere
9 Enoke ke eena motho oa pele eo Mangolo a hlalosang hore o ile a tsamaea le Molimo. Tlaleho ea Bibele e re: “Ka mor’a ho tsoala Methusela, Enoke a tsoela pele ho tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Genese 5:22) Joale, ka mor’a tlaleho ea hore Enoke o phetse nako e telele ho feta ea rona le hoja e ne e le khutšoanyane ha e bapisoa le eo batho ba neng ba e phela mehleng eo, Bibele e re: “Enoke a ’na a tsamaea le Molimo oa ’nete. Joale ha aa ka a hlola a e-ba teng, etsoe Molimo o ile a mo nka.” (Genese 5:24) Ho totobetse hore Jehova o ile a fallisa Enoke lefatšeng la ba phelang a mo isa borokong ba lefu pele bahanyetsi ba ka mo isa letsoho. (Baheberu 11:5, 13) Ntle le litemaneng tsena tse khutšoanyane, Bibele e bua hanyenyane feela ka Enoke. Leha ho le joalo, ka boitsebiso boo re nang le bona le ka bopaki bo bong, re na le lebaka le utloahalang la ho bolela hore linakong tsa Enoke ho ne ho le moferefere.
10 Ka mohlala, nahana kamoo bobolu bo ileng ba ata kapele kateng har’a batho ka mor’a hore Adama a etse sebe. Bibele e re bolella hore mora oa letsibolo oa Adama, e leng Kaine, e bile motho oa pele oa ho bolaea e mong ha a ne a bolaea mor’abo Abele. (Genese 4:8-10) Ka mor’a lefu le mabifi la Abele, Adama le Eva ba ile ba e-ba le mora e mong, ’me ba ile ba mo reha Setha. Re bala sena ka eena: “Setha le eena a tsoalloa mora ’me a mo reha lebitso la Enoshe. Ka nako eo ho ile ha qaloa ho ipiletsa lebitsong la Jehova.” (Genese 4:25, 26) Ka masoabi, ho “ipiletsa lebitsong la Jehova” hoo, e ne e le ha bokoenehi. Ka mor’a lilemo tse ngata Enoshe a tsoetsoe, ngoana oa lesika la Kaine ea bitsoang Lameke o ile a qapa pina bakeng sa basali ba hae ba babeli a bolela hore o bolaile mohlankana ea ileng a mo ntša leqeba. Hape o ile a lemosa: “Haeba Kaine o tla pheteletsoa ka makhetlo a supileng, joale Lameke o tla pheteletsoa ka makhetlo a mashome a supileng le a supileng.”—Genese 4:10, 19, 23, 24.
11 Lintlha tsena tse khutšoanyane li bontša hore bobolu bo ileng ba kenngoa ke Satane serapeng sa Edene bo ile ba potlakela ho jala bokhopo har’a litloholo tsa Adama. Enoke e ne e le moprofeta oa Jehova lefatšeng la mofuta ona, ’me mantsoe a hae a ntse a sebetsa esita le kajeno. Juda o tlaleha hore Enoke o ile a profeta a re: “Bonang! Jehova o ile a tla ka limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomolimo ba molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.” (Juda 14, 15) Mantsoe ao a tla phethahala ka ho feletseng ka Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Ho sa tsotellehe seo, re ka kholiseha hore esita le mehleng ea Enoke ho ne ho e-na le “baetsalibe [ba bangata] ba se nang bomolimo” ba ileng ba khopisoa ke ho utloa boprofeta ba Enoke. Ruri Jehova o ile a bontša lerato ka ho fallisa Enoke pele ba mo lematsa!
Enoke o Ile a Matlafatsoa ke Eng Hore a Tsamaee le Molimo?
12 Adama le Eva ba ile ba mamela Satane serapeng sa Edene, eaba Adama o fetohela Jehova. (Genese 3:1-6) Mora oa bona, e leng Abele, ha aa ka a ba etsisa, ’me Jehova o ile a bontša hore oa mo rata. (Genese 4:3, 4) Ka masoabi, bana ba bangata ba Adama ha baa ka ba etsisa Abele. Leha ho le joalo, o ile a etsisoa ke Enoke ea ileng a tsoaloa lilemo tse makholo hamorao. Phapang e ne e le efe pakeng tsa Enoke le litloholo tse ling tse ngata tsa Adama? Moapostola Pauluse o ile a araba potso eo ha a ne a ngola a re: “Ka tumelo Enoke o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu, ’me ha aa ka a fumanoa leha e le kae hobane Molimo o ne a mo fallisitse; kaha pele a fallisoa o ne a e-na le bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo.” (Baheberu 11:5) Enoke ke e mong oa “leru le leholo . . . la lipaki [tsa pele ho Bokreste],” tseo e neng e le mehlala e babatsehang ea tumelo. (Baheberu 12:1) Enoke o ile a thusoa ke tumelo hore a mamelle a ntse a itšoere hantle ka lilemo tse fetang 300 tseo a li phetseng—e leng nako e fetang ka makhetlo a mararo eo boholo ba rona re e phelang kajeno!
13 Pauluse o ile a hlalosa tumelo ea Enoke le ea lipaki tse ling ha a ne a ngola a re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Ha ho pelaelo hore tumelo ke tebello e tiileng ea hore lintho tseo re li tšepileng li tla etsahala, ’me e thehiloe linthong tse tiisitsoeng. E akarelletsa tebello e matla hoo e amang lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa bophelong. Tumelo ea mofuta ona e ile ea thusa Enoke hore a tsamaee le Molimo le hoja batho ba bang ba ne ba sa tsamaee le Molimo.
14 Tumelo ea ’nete e thehiloe tsebong e nepahetseng. Enoke o ne a e-na le tsebo ea mofuta ofe? (Baroma 10:14, 17; 1 Timothea 2:4) Ha ho pelaelo hore o ne a tseba se ileng sa etsahala Edene. Ho ka etsahala hore ebe o ne a ile a utloa hore na ho ne ho pheloa joang serapeng sa Edene—seo mohlomong se neng se sa ntse se le teng, le hoja batho ba ne ba thibetsoe ho kena ho sona. (Genese 3:23, 24) Hape, o ne a tseba ka morero oa Molimo oa hore bana ba Adama ba ne ba tla tlala lefatše ba be ba etse hore qitikoe eohle e tšoane le Paradeise ea pele. (Genese 1:28) Ho phaella moo, ka sebele Enoke o ne a ananela tšepiso ea hore Jehova o tla hlahisa Peo e neng e tla pshatla hlooho ea Satane le e neng e tla etsolla liphello tse mpe tsa leshano la Satane. (Genese 3:15) Ka sebele, boprofeta ba Enoke bo bululetsoeng bo tlalehiloeng bukeng ea Juda, bo amana le ho timetsoa ha peo ea Satane. Kaha Enoke o ne a e-na le tumelo, rea tseba hore o ne a rapela Jehova joaloka eo ‘e bang moputsi oa ba mo batlang ka tieo.’ (Baheberu 11:6) Kahoo, le hoja Enoke a ne a se na tsebo eohle eo re nang le eona, o ne a e-na le e lekaneng hore a be le motheo oa tumelo e tiileng. Ka tumelo e joalo, o ile a tšepahala linakong tseo tse moferefere.
Etsisa Mohlala oa Enoke
15 Kaha re batla ho khahlisa Jehova joaloka Enoke linakong tsena tse moferefere tsa kajeno, re lokela ho latela mohlala oa Enoke. Ho hlokahala hore re lule re e-na le tsebo e nepahetseng ka Jehova le ka merero ea hae. Empa ha ho felle moo. Ho hlokahala hore re lumelle tsebo eo e nepahetseng hore e re tsamaise. (Pesaleme ea 119:101; 2 Petrose 1:19) Ho hlokahala hore re tsamaisoe ke monahano oa Molimo, ’me kamehla re loanele ho mo khahlisa ka menahano eohle ea rona le ka liketso.
16 Ha re na tlaleho ea hore na ke mang hape ea neng a sebeletsa Jehova mehleng ea Enoke, empa ho hlakile hore e ka ’na eaba e ne e le eena feela kapa mohlomong o ne a le har’a sehlotšoana se neng se sebeletsa Molimo. Le rona re sehlotšoana lefatšeng, empa sena ha se re nyahamise. Jehova o tla re tšehetsa ho sa tsotellehe hore na ke mang ea re loantšang. (Baroma 8:31) Ka sebete Enoke o ile a lemosa ka timetso e neng e tlela batho ba se nang bomolimo. Le rona re bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” ka sebete ho sa tsotellehe litšomo, khanyetso le mahloriso. (Matheu 24:14) Enoke ha aa ka a phela nako e telele joaloka batho ba bangata ba mehleng ea hae. Leha ho le joalo, o ne a sa beha tšepo lefatšeng leo. O ne a lebeletse ntho e ’ngoe e kholo haholo. (Baheberu 11:10, 35) Le rona re lebeletse ho bona ha morero oa Jehova o phethahatsoa. Kahoo, ha re sebelise lefatše lena ka botlalo. (1 Bakorinthe 7:31) Ho e-na le hoo, re sebelisa matla le matlotlo a rona haholo tšebeletsong ea Jehova.
17 Enoke o ne a lumela hore Peo e tšepisitsoeng ke Molimo e tla tla ka nako ea Jehova. Ho se ho fetile lilemo tse ka bang 2 000 Jesu Kreste a ile a hlaha e le Peo eo, a re rekolla a ba a re fa monyetla oa hore rona hammoho le lipaki tse tšepahalang tsa boholo-holo tse kang Enoke re fumane bophelo bo sa feleng. Peo eo, e behiloeng teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo hona joale, e ile ea ntša Satane leholimong eaba e mo theolela lefatšeng, ’me ka lebaka leo re bona matšoenyeho hohle. (Tšenolo 12:12) Ka sebele re na le tsebo e ngata ho feta eo Enoke a neng a e-na le eona. Kahoo, e se eka re ka ba le tumelo e tiileng joaloka eena. E se eka sohle seo re se etsang se ka susumetsoa ke tšepo ea rona ea hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala. Le hoja re phela linakong tse moferefere, e se eka re ka tsamaea le Molimo joaloka Enoke.
KHAOLO EA 2
O Ile a Bontša Hore Lefatše le ne le Tšoanela ho Felisoa
Ke Hobane’ng ha Lefatše Leo la Boholo-holo le Ile la Timela?
Lintlheng tse ling, moloko o neng o phela pele ho Moroallo o ne o thabela menyetla e mengata eo re sa e thabeleng kajeno. Ka mohlala, moloko oohle oa batho o ne o bua puo e le ’ngoe. (Genese 11:1) Sena se ne se ka etsa hore ho finyelloe katleho e itseng mesebetsing ea bonono le saense e hlokang boiteko bo kopanetsoeng ba batho ba bangata ba nang le tsebo ea lintho tse fapaneng. Hape, nako e telele eo ba neng ba e phela e ne e ba fa monyetla oa hore ba tsoele pele ho bokella tsebo holim’a seo ba ithutileng sona ho pholletsa le makholo a lilemo.
Ba bang ba bolela hore nako eo batho ba mehleng eo ba neng ba e phela e ne e se telele hakaalo le hore lilemo tse boletsoeng litlalehong tsa Bibele, ha e le hantle e ne e le likhoeli. Na seo ke ’nete? Ak’u nahane ka taba ea Mahalalele. Bibele e re: “Mahalalele a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano. Joale a tsoala Jarede. . . . Matsatsi ’ohle a Mahalalele e bile lilemo tse makholo a robeli le mashome a robong a metso e mehlano eaba oa shoa.” (Genese 5:15-17) Haeba selemo se bolela khoeli, seo se bolela hore Mahalalele o ile a tsoala mora oa hae a le lilemo li hlano feela! Selemo e ne e se khoeli, batho ba mehleng eo ba ne ba batla ba tšoana le monna oa pele Adama, ka ho ba le matla a phethahetseng. Ehlile ba ne ba phela makholo a lilemo. Ke eng seo ba ileng ba se finyella?
Makholo a lilemo pele ho Moroallo, baahi ba lefatše ba ne ba le bangata haholo hoo Kaine mor’a Adama a ileng a khona ho haha motse o moholo, oo a ileng a o bitsa Enoke. (Genese 4:17) Lilemo tse ngata pele ho Moroallo, ho ile ha e-ba le liindasteri tse sa tšoaneng. Ho ne ho e-na le litei tsa “mofuta o mong le o mong oa sesebelisoa sa koporo le tšepe.” (Genese 4:22) Ha ho pelaelo hore lisebelisoa tsena li ne li sebelisoa bakeng sa mosebetsi oa kaho, ho betla, ho roka liaparo le bakeng sa temo. Litlaleho tse buang ka batho ba pele ba phetseng lefatšeng li ba amahanya le mesebetsi ena kaofela.
Tsebo e bokeletsoeng ho pholletsa le lilemo e ne e tla etsa hore meloko e hlahlamang e be le tsebo ea mesebetsi e khethehileng e kang saense le theknoloji ea litšepe, temo ea lijo, ho hlahisa le ho holisa linku le likhomo, ho ngola libuka tse sa tšoaneng le mesebetsi e tsoileng matsoho ea bonono. Ka mohlala, Jubale e ne e le “mothehi oa bohle ba tšoarang harepa le phala.” (Genese 4:21) Tsoelo-pele e ile ea pharalla. Empa leha ho le joalo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea fela ka tšohanyetso. Ho ile ha etsahala’ng?
Ho Ile ha Senyeha Hokae?
Le hoja o ne o e-na le menyetla e mengata, moloko o phetseng pele ho Moroallo o ile oa ba le tšimoloho e mpe. Mothehi oa oona, Adama, o ile a fetohela Molimo. Kaine, sehahi sa motse oa pele o tlalehiloeng, o ile a bolaea ngoan’abo ka sehloho. Ha ho makatse hore ebe bokhopo bo ile ba ja setsi! Litholoana tsa lefa le sa phethahalang leo Adama a ileng a le siela bana ba hae li ne li eketseha.—Baroma 5:12.
Ho ne ho hlakile hore lintho li fihlile tlhorong ha Jehova a etsa qeto ea hore o tla lumella hore boemo boo bo tsoele pele ka nako ea lilemo tse 120 feela. (Genese 6:3) Bibele e re: ‘Bobe ba motho bo ne bo le bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e ne e le mpe feela ka linako tsohle. . . . Lefatše le ne le tletse pefo.’—Genese 6:5, 11.
Jehova o Tseba ho Lopolla Batho ba Hae
5 Bibele e re bolella hore Jehova o ile a etsa qeto ’me a e phatlalatsa leholimong. Ho ea ka Genese 6:3, o ile a re: “Moea oa ka o ke ke oa sebetsa ho motho ka nako e sa lekanyetsoang kaha ebile ke nama. Ka lebaka leo matsatsi a hae e tla ba lilemo tse lekholo le mashome a mabeli.” Polelo ena e ne e sa bolele hore na ka kakaretso motho o tla phela nako e kae. E ne e le molao-taelo oo Jehova a ileng a o phatlalatsa ho bontša hore na o ne a tla nka bohato neng ho felisa bobe ba batho ba sa tšabeng Molimo lefatšeng. Kaha Moroallo o ile oa qala ka 2370 B.C.E., re ka fihlela qeto ea hore Molimo o ile a etsa phatlalatso ena ka 2490 B.C.E. Ka nako eo, Noe o ne a le lilemo li 480. (Gen. 7:6) Hoo e ka bang lilemo tse 20 hamorao, ka selemo sa 2470 B.C.E., Noe o ile a qala ho ba le bara. (Gen. 5:32) Ho ne ho setse lilemo tse ka bang lekholo pele Moroallo o qala, empa Jehova o ne a ntse a e-s’o bolelle Noe hore na o ne a tla phetha karolo efe e ikhethang ho pholosa batho. Molimo o ne a tla ema ho fihlela neng pele a bolella Noe?
6 Kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ile a ema lilemo tse mashome pele A senolela Noe seo a neng a tlil’o se etsa. Ke eng e etsang hore re fihlele qeto ee? Tlaleho e bululetsoeng e bontša hore bara ba Noe ba ne ba se ba holile ba bile ba nyetse ha Molimo a ne a laela Noe hore a hahe areka. Jehova o ile a re ho eena: “Ke tiisa selekane sa ka le uena; ’me u tla kena ka arekeng, uena hammoho le bara ba hao le mosali oa hao le basali ba bara ba hao.” (Gen. 6:9-18) Kahoo, ho ka etsahala hore ebe ha Noe a ne a laeloa hore a hahe areka, ho ne ho setse lilemo tse 40 kapa 50 feela pele Moroallo o qala.
7 Ha mosebetsi oa ho haha areka o ntse o tsoela pele, e ka ’na eaba Noe le ba lelapa la hae ba ile ba ipotsa hore na Molimo o ne a tla phethahatsa morero oa hae joang le hore na Moroallo o ne o tla qala neng. Leha ho le joalo, taba ea hore ba ne ba sa tsebe likarabo tsa lipotso tseo, ha ea ka ea ba thibela hore ba etse mosebetsi oa ho haha areka. Tlaleho ea Mangolo e re: “Noe o [ile a] etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.” (Gen. 6:22) Matsatsi a supileng pele Moroallo o qala—e leng nako e neng e lekane hore feela Noe le ba lelapa la hae ba kenye liphoofolo ka arekeng—Jehova o ile a qetella a boleletse Noe hore na ha e le hantle Moroallo o ne o tla qala neng. Kahoo, ha likhoro tsa moroallo tsa maholimo li buleha “ka selemo sa makholo a tšeletseng sa bophelo ba Noe, ka khoeli ea bobeli, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli” lintho li ne li lokile.—Gen. 7:1-5, 11.
8 Tlaleho ea Moroallo e bontša hore Jehova ke ’Moloki oa Nako ebile ke Molopolli oa batho ba hae. Ha re ntse re atamela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho, re ka kholiseha hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e rerileng e tla etsahala hantle ka ‘letsatsi le hora’ eo a e behileng.—Mat. 24:36; bala Habakuke 2:3.
ijwbq sehlooho sa 156 ¶2-5 le lebokose
Na Tlaleho ea Moroallo oa Mehleng ea Noe ke ’Nete Kapa ke Tšomo?
Bibele e bontša hore Noe ke motho ea kileng a phela le hore Moroallo o ile oa fela oa e-ba teng ebile ha se tšomo kapa ntho e inahaneloang.
◼ Bangoli ba Bibele ba ne ba lumela hore Noe ke motho ea kileng a phela. Ka mohlala, kaha Esdrase le Luka e ne e le bangoli ba Bibele ba neng ba etsa lipatlisiso ka hloko e le hore ba fane ka tlaleho ea histori e nepahetseng, re ka kholoa hore Noe o kile a phela hobane ba mo kenyellelitse lethathamong la leloko la Iseraele. (1 Likronike 1:4; Luka 3:36) Bangoli ba likosepele e leng Matheu le Luka ba kenyellelitse lintho tseo Jesu a ileng a li bua ka Noe le ka Moroallo.—Matheu 24:37-39; Luka 17:26, 27.
Moprofeta Ezekiele le moapostola Pauluse le bona ba ile ba bua ka Noe e le mohlala oo re ka o etsisang kaha o ne a lokile ebile a e-na le tumelo. (Ezekiele 14:14, 20; Baheberu 11:7) Na e ne e tla ba ntho e utloahalang hore bangoli baa ba re re etsise mohlala oa motho ea neng a sa ka a phela? Ho hlakile hore re ka etsisa mohlala oa Noe le oa banna le basali ba neng ba e-na le tumelo e matla ba hlahang ka Bibeleng hobane ke batho ba kileng ba phela.—Baheberu 12:1; Jakobo 5:17.
◼ Bibele e fana ka lintlha tse tobileng ka Moroallo. Tlaleho ea Bibele e buang ka Moroallo e ne e se tšomo hobane ha e qale ka mantsoe a kang “Ba re e ne e re.” Ho e-na le hoo Bibele e fana ka selemo, khoeli le letsatsi leo Moroallo o qalileng ka lona. (Genese 7:11; 8:4, 13, 14) E boetse ea re bolella hore na areka eo Noe a ileng a e haha e ne e le kholo hakae. (Genese 6:15) Lintlha tsena tse hlahang ka Bibeleng li bontša hore Moroallo o bile teng le hore ha se tšomo.
Lipale le litšomo tse buang ka moroallo
Ho na le lipale tse ngata tse tlalehiloeng lefatšeng ka moroallo, le hoja lipale tseo li fapana le tlaleho ea Bibele empa ho na le moo tse ling li tšoanang le tlaleho e fumanoang ka Bibeleng. Ho bonahala eka ha litloholo tsa Noe li ntse li tlala lefatšeng, li ile tsa bua ka pale ea Moroallo ’me hamorao ho bonahala eka pale ena e ile ea fetoha. Ha re hlahlobe mehlala e latelang.
Tšomo ea Bagerike: Ho na le banna le basali ba ileng ba pholoha moroallo eaba ba laeloa hore ba ikatise ka hore ba akhele majoe ka mor’a bona eaba majoe ao a fetoha batho.
Tšomo ea Mahindu: Ho na le tlhapi e ileng ea eletsa monna hore moroallo o tl’o timetsa batho, eaba tlhapi eo e laela monna hore a hahe sekepe. Monna o ile a pholoha moroallo hobane tlhapi e ile ea tataisetsa sekepe sebakeng se sireletsehileng.
Tšomo ea Bababilona: Monna le mosali ba ileng ba pholoha moroallo ba ile ba fuoa moputso oa ho se shoe ’me ea e-ba melimo.
Tšomo ea Amerika Bohareng: Monna, mosali le bana ba bona ba ile ba pholoha moroallo ha batho ba bang kaofela ba ile ba fetoha litlhapi.
it “Noe” No. 1 ¶12
Noe
Borabele ba Nimrode. Noe ke motho oa pele oa ho qala leloko ka mor’a Moroallo. (Ge 10:1-32) Leha ho le joalo, ha a ntse a phela, borapeli ba bohata bo ile ba qala har’a batho ba neng ba le tlas’a puso ea Nimrode. Borapeli boo bo ile ba bonahala ha ba etsa borabele ba ho leka ho haha “tora e fihlang maholimong” e le ha ba ne ba tšohile hore ba se ke ba “hasanngoa lefatšeng lohle.” Ena e ne e le khanyetso e tobileng ho taelo eo Jehova a neng a e file batho ea hore ba “tlale lefatše.” E ne e boetse e le borabele khahlanong le Noe eo Molimo a neng a mo khethile hore e be moprofeta oa hae. Noe o shoele lilemo tse ka bang peli pele Abrahama a hlaha. O ile a bona ha Jehova a ahlola batho ba neng ba haha Tora ea Babele a bile a ba hasanya lefatšeng lohle. Noe le Sema ha baa ka ba nka karolo ha ho ne ho hahoa tora eo ’me ha ea ka ea e-ba karolo ea batho bao Jehova a ileng a ferekanya puo ea bona. Ba ile ba tsoela pele ho bua puo eo Molimo a ileng a e fa Adama.—Ge 9:1, 28, 29; 11:1-9.
ijwis sehlooho sa 18
Noe o ne a E-na le Tumelo ho Molimo
PALE EA BIBELE E TSAMAISANANG LE LITŠOANTŠO
[Ketsahalo ea 1]
[Moqolotsi:] NOE E NE E LE MONNA EA LOKILENG. O PHETSE LEFATŠENG LE NENG LE TLETSE BATHO BA RATANG HO LOANA. HO NE HO LE THATA HO PHELA LE BATHO BA KHOPO LE BA SA HLOMPHENG JEHOVA.
[Ketsahalo ea 2]
[Lameke:] NOE KEA TSEBA HORE BOPHELO BO THATA. ADAMA O ILE A MPOLELLA HORE HAESALE HO LE HOBE TJENA LEFATŠENG KA LILEMO TSE NGATA.
EMPA JEHOVA O ITSE KE UENA EA TLA RE PHOLOSA.
[Noe:] EMPA JOANG NTATE? ’NA NKA ETSA’NG HORE LINTHO LI BE BETERE?
[Ketsahalo ea 3]
[Moqolotsi:] JEHOVA O ILE A ETSA QETO EA HO FELISA BATHO BA KHOPO KA HO TLISA MOROALLO. O ILE A BOLELLA NOE LE BA LELAPA LA HAE HORE NA BA KA PHOLOHA MOROALLO JOANG.
[Jehova:] HAHA AREKA. U KENE LE LELAPA LA HAO KA AREKENG, ’ME U KENE LE MOFUTA O MONG LE O MONG OA PHOOFOLO E LE HORE LI KA PHOLOHA.
[Ketsahalo ea 4]
[Noe:] KE TLA ETSA NTHO E ’NGOE LE E ’NGOE EO U RENG KE E ETSE.
[Ketsahalo ea 5]
[Moqolotsi:] NOE O ILE A BOLELLA MOSALI OA HAE, BARA BA HAE BA BARARO LE BASALI BA BONA SEO JEHOVA A MO BOLELETSENG SONA.
[Ketsahalo ea 6]
[Mosali oa Noe:] IYOH! HO TL’O NKA NAKO E TELELE HORE RE E HAHE. NA REA TSEBA HORE MOROALLO O TL’O TLA NENG?
[Noe:] CHE! EMPA JEHOVA O TLA RE PHOLOSA.
[Ketsahalo ea 7]
[Moqolotsi:] E KA ’NA EABA HO ILE HA NKA LILEMO TSE 40 KAPA 50 HO HAHA AREKA. BA NE BA LOKELA HO REMA LIFATE, HO ETSA MAPOLANKA, HO TLOTSA AREKA KA SEKONTIRI HORE METSI A SE KE A KENA LE HO ETSA MESEBETSI E MENG E MENGATA.
[Ketsahalo ea 8]
[Moqolotsi:] NOE O ILE A BOELA A PAKA KA JEHOVA, EMPA BATHO HA BAA KA BA MO MAMELA.
[Ketsahalo ea 9]
[Mosali oa Kama:] BA LELAPA LESO BA RE RE ITŠENYETSA NAKO KA HO PAKA KA JEHOVA LE HO HAHA AREKA.
[Noe:] RE LOKELA HO BA LE TUMELO HORE JEHOVA O TLA RE PUTSA KA LEBAKA LA HO SEBETSA KA THATA.
[Ketsahalo ea 10]
[Moqolotsi:] KA NAKO E NEPAHETSENG, MOLIMO O ILE A BOLELLA NOE LE BA LELAPA LA HAE HORE BA KENE KA AREKENG. BA NE BA E-NA LE MATSATSI A SUPILENG FEELA HO KENYA PHOOFOLO EA MOFUTA O MONG LE O MONG KA AREKENG.
[Ketsahalo ea 11]
[Moqolotsi:] EABA JEHOVA O KOALA MONYAKO.
[Ketsahalo ea 12]
[Moqolotsi:] PULA E ILE EA NA KA MATSATSI A 40. LE LITHABA TSE TELELE KA HO FETISISA LI NE LI KOAHETSOE KE METSI.
[Ketsahalo ea 13]
[Kama:] RE TL’O TSOA NENG KA AREKENG?
[Ketsahalo ea 14]
[Jafeta:] E SE E LE NAKO E KA FETANG SELEMO JOALE!
[Ketsahalo ea 15]
[Noe:] JEHOVA O TLA RE BOLELLA HA E SE E LE NAKO EA HO TSOA.
[Noe:] E-BA LE TUMELO HO EENA.
[Ketsahalo ea 16]
[Moqolotsi:] QETELLONG, JEHOVA O ILE A BOLELLA NOE HORE KE NAKO EA HO TSOA KA AREKENG. BATHO BA RATANG NTOA LE BA KHOPO BA NE BA SE BA FELISITSOE.
[Ketsahalo ea 17]
[Moqolotsi:] JEHOVA O ILE A ETSA MOOKOLI HO BONTŠA HORE A KE KE A TLISA MOROALLO HO BOLAEA BATHO LE LIPHOOFOLO.
[Moqolotsi:] NOE LE BA LELAPA LA HAE BA ILE BA PHOLOHA HOBANE BA NE BA E-NA LE TUMELO.
[LEBOKOSE]
RE ITHUTA’NG PALENG EE?
KE HOBANE’NG HA HO NE HO KA BA THATA HORE NOE A BE LE TUMELO?
LINTLHA TSE THUSANG: MATHEU 24:38, 39; BAHEBERU 11:7.
KE HOBANE’NG HA NOE LE BA LELAPA LA HAE BA NE BA HLOKA HO BA LE MAMELLO?
LINTLHA TSE THUSANG: GENESE 6:14; 7:6; 8:13-16; BAHEBERU 6:12.
KE HOBANE’NG HA U HLOKA HO BA LE TUMELO LE MAMELLO?
LINTLHA TSE THUSANG: MATHEU 24:36, 37; BAHEBERU 10:36-39.
KHAOLO EA 3
Ha aa ka a Nahana ka Lintho Tseo a li Siileng Morao
wp17.3 12 ¶5, nal.
“U Mosali ea Nang le Ponahalo e Ntle”
Ka Bibeleng Sara o tsebahala ka tumelo ea hae e matla, empa e seng tumelo ho molimo oa khoeli ea neng a rapeloa haholo Ure. Seemahale sa molimo eo se ne se le seholo hoo se neng se bonahala motseng oo. Ho fapana le ho rapela molimo eo, Sara o ne a rapela Molimo oa ’nete eleng Jehova. Bibele ha e re bolelle hore na ho tlile joang hore Sara a be le tumelo e matla joalo ho Jehova. Ntate oa hae o ne a rapela litšoantšo. Leha ho le joalo o ile a nyaloa ke Abrahama, monna ea moholo ho eena ka lilemo tse leshome. (Genese 17:17) Hamorao Abrahama o ile a tsebahala ele “ntat’a bohle ba nang le tumelo.” (Baroma 4:11) Lenyalo la bona ebile le atlehileng, e le banyalani ba ratanang, ba hlomphanang hape ba oa ba tsoha ’moho. Ka holim’a tsohle, se neng se etsa hore lenyalo la bona le tiee le ho feta ke hobane ba ne ba rata Jehova.
[Naletsana]
Sara e ne e le khaitseli ea Abrahama. Tera e ne e le ntate oa bona ka bobeli empa bo-’mè ba bona ba fapane. (Genese 20:12) Le hoja lenyalo la mofuta oo le fosahetse, re lokela ho hopola hore mehleng eo lintho li ne li fapane haholo le mehleng ena. Ka nako eo batho ba ne ba se hole haholo le phetheho eo Adama le Eva ba ileng ba e lahla. Ka lebaka leo batho ba ne ba ntse ba phetse hantle ba bile ba le matla. Kahoo ho nyalana ha batho ba amanang ho ne ho sa bake mathata a liphatsa tsa lefutso ho bana ba neng ba ka hlaha lenyalong le joalo. Leha ho le joalo lilemo tse 400 hamorao, batho ba ne ba se ba phela lilemo tse lekanang le tseo batho ba li phelang mehleng ena. Molao oo Molimo a ileng ao fetisetsa ho Baiseraele ka Moshe o ile oa hanela hore motho a ka nyalana le mong ka eena.—Levitike 18:6.
“U Mosali ea Nang le Ponahalo e Ntle”
Ha Sara a ntse a itokisetsa leeto o ne a sa tsebe hore na o nka’ng kapa o siea’ng. O ne a lokela ho nka lintho tsa bohlokoa le tse ka nkehang ka liesele le likamele. Sena se bolela hore thepa eo ba e sieang ba ne ba lokela ho e rekisa le ho fana ka e ’ngoe. Hape ba ne ba lokela ho tela bophelo bo monate ba toropo, limmaraka le mabenkele ao ba neng ba reka nama, litholoana, liphahlo le lintho tse ling.
E tlameha ebe ho ne ho se bonolo hore Sara a tele lehae la hae. Haeba ntlo ea Sara e ne e tšoana le matlo ao baepolli ba lintho tsa khale ba a fumaneng Ure, ruri o ile a tela bophelo bo monate. A mang a matlo ao a ne a e-na le likamore tse 12 kapa ho feta, a e-na le liliba tsa metsi le tsamaiso ea likhoere-khoere. Esita le matlo a tloaelehileng a ne a e-na le marulelo a hantle le mabota a matle hape le mamati a ka koalehang ka tsela e sireletsehileng. Na tente feela e ne e ka etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile khahlanong le masholu? Kapa khahlanong le litau, mangau, libere le liphiri—e leng liphoofolo tse neng li le hohle mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele?
Ho thoeng ka lelapa labo? Sara o ne a tla be a arohana le bo-mang? E tlameha ebe ho ne ho se bonolo ho Sara ho mamela taelo ea Molimo e reng, “tloha naheng ea heno le ho beng ka uena”. Kaha Sara e ne ele mosali ea mosa le ea ratang batho, e tlameha ebe ho ne ho se bonolo ho arohana le beng ka eena bao a neng a utloana le bona haholo empa ho se ho se mohla a tla kopana le bona hape. Empa o ile a ipha matla, a tsoela-pele ka ho itokisetsa letsatsi la leeto.
Ho sa tsotellehe mathata, Sara o ne a se a le malala-a-laotsoe ho tsamaea ha letsatsi la leeto le fihla. Tera, ea neng a se a le lilemo li 200, o ile a tsamaea le Abrahama le Sara. (Genese 11:31) Sara o ne a lokela ho hlokomela ntate oa hae ea seng a holile. Lota le eena o ile a tsamaea le bona ha ba ne ba mamela taelo ea Molimo ea hore ba lokela ho “tsoa naheng ea Bakalde.”—Liketso 7:4.
wp17.3 14 ¶6–15 ¶2
“U Mosali ea Nang le Ponahalo e Ntle”
Leha ho le joalo sena ha se bolele hore ba ne ba sa hlaheloe ke mathata. Tlala e kholo e ile ea aparela naha ea Kanana eaba Abrahama o nka lelapa lohle la hae ba ea Egepeta. Empa o ile a hlokomela kotsi e neng e ka ’na ea ba hlahela Egepeta. Eaba o re ho Sara: “Bona hle! ke tseba hantle hore u mosali ea nang le ponahalo e ntle. Etlare ha Baegepeta ba u bona ba tla re, ‘Enoa ke mosali oa hae.’ ’Me ka sebele ba tla mpolaea, empa uena ba tla u boloka u phela. Ka kopo e-re u khaitseli ea ka, e le hore lintho li ntsamaele hantle ka lebaka la hao, ’me ka sebele moea oa ka o tla phela ka lebaka la hao.” (Genese 12:10-13) Hobane’ng ha Abrahama a ile a etsa kopo e sa tloaelehang joalo?
Abrahama e ne e se lekoala joalokaha batho ba bang ba bua joalo. Ke ’nete hore Sara e ne e le khaitseli ea hae. Kahoo e ne e le ka lebaka le utloahalang Abrahama a neng a ka bua joalo. Abrahama le Sara ba ne ba tseba hore ha ho ntho ea bohlokoa ho feta ho phethahala ha morero oa Molimo oa hore a hlahise peo le sechaba se khethehileng ka Abrahama, kahoo ho sireletseha hoa Abrahama e ne e le habohlokoa. Hape baepolli ba lintho tsa khale ba bontša hore e ne ele ntho e tloaelehileng hore banna ba boholong Egepeta ba nke mosali ebe ba bolaea monna oa hae. Kahoo, Abrahama o ile a etsa qeto e nepahetseng ’me Sara o ile a ikokobelletsa eona.
Ho e-s’o ee kae ho ile ha totobala hore Abrahama o ne a tšoenyehile ka lebaka le utloahalang hobane likhosatsana tsa Faro li ile tsa bona botle bo hlollang ba Sara. Eaba ba tlalehela Faro, ’me Faro a re Sara a tlisoe ho eena. Re se re ka inahanela kamoo Abrahama a neng a tšoenyehile kateng ’me ha ho potang hore le Sara o ne a tšohile. Leha ho le joalo ha aa ka a tšoaroa joaloka motho ea hapuoeng, empa o ile a tšoaroa joaloka moeti oa bohlokoa ntlong ea borena. Mohlomong Faro o ne a batla ho mo khahla ka maruo a hae ebe ka mor’a moo o bua le khaitseli ea hae hore a mo nyale.—Genese 12:14-16.
Ha e le Hantle ho Bolela’ng Hore Monna ke Hlooho?
Na hore ebe mosali oa ikokobetsa ho bolela hore o lokela ho thola le ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe? Nahana ka Sara, eo Bibele e buang ka eena e le mohlala oa mosali ea neng a ikokobelletsa monna oa hae, Abrahama. (1 Petrose 3:5, 6) O ne a ikokobelletsa eena linthong tse kholo le tse nyenyane, tse akarelletsang hore a tlohe lehaeng le mabothobotho ho ea phela bophelo ba hloma-u-hlomolle litenteng haesita le ho apeha lijo ka nako le motsotso. (Genese 12:5-9; 18:6) Empa tabeng e itseng e tebileng, o ile a bua ka makhetlo a ntša maikutlo a hae a neng a sa tšoane le a Abrahama. O ile a etsa sena ha a ne a batla hore Abrahama a leleke lekhabunyane la hae, e leng Hagare le mora oa hae oa letsibolo, Ishmaele. Ho e-na le hore Molimo a khalemele Sara, o ile a bolella Abrahama hore a ‘mamele lentsoe la hae.’ Ka nako e tšoanang, Sara o ile a tsoela pele ho ikokobelletsa Abrahama ka hore a mo emele hore a nke khato ho e-na le hore eena a leke ho leleka Hagare le Ishmaele.—Genese 21:8-14.
Mohlala oa Sara o bontša hore ho e-na le hore mosali a phele a lihile molala feela, e lokela ho ba “molekane” oa monna oa hae, ’me o phetha karolo e hlomphehang. (Malakia 2:14) Kaha ke molekane oa monna, o tlatsetsa ka tsela ea bohlokoa liqetong tse amang lelapa ’me o fuoe matla a itseng ka lapeng, o atisa ho hlokomela mesebetsi e mengata ea lelapa esita le litabeng tsa lichelete. Ke ’nete hore kaha monna ke hlooho ea lelapa o na le boikarabelo ba ho etsa liqeto tsa ho qetela.—Liproverbia 31:10-31; 1 Timothea 5:14.
Etsa Hore “Lelakabe la Jah” le Lule le Tuka
15 Ke habohlokoa hore banyalani ba hlomphane. Tlhompho e tšoana le moea o etsang hore mollo o ’nè o tuke. Ha ho se na moea, mollo o ka tima. Ka ho tšoanang, ha banyalani ba sa hlomphane ba ka iphumana ba se ba sa ratane joaloka pele. Empa ha banyalani ba leka kahohle hore ba hlomphane seo se etsa hore lerato la bona le ’nè le tuke. Hopola hore ntho ea bohlokoa ha se hore na uena u nahana hore u hlompha molekane oa hao empa ke hore na eena o bona u mo hlompha. Penny le Aret ba se ba nyalane ka lilemo tse fetang 25. O re: “Re lula re ratana lelapeng la rona hobane rea hlomphana. Ha re tšabe ho bolellana maikutlo hobane rea tseba hore re nka maikutlo a e mong e le a bohlokoa.” U ka etsa’ng hore molekane oa hao a bone hore oa mo hlompha? A re bueng ka mohlala oa Abrahama le Sara.
16 Abrahama o ne a hlompha Sara. O ne a mamela Sara a bile a hlompha maikutlo a hae. Ho na le nako eo Sara a neng a koatile ’me o ile a bolella Abrahama hore na o ikutloa joang a ba a mo tšoaea phoso. Na Abrahama o ile a mo halefela? Che. O ne a tseba hore Sara o ikokobelitse le hore oa mo tšehetsa. Abrahama o ile a mo mamela a ba a leka ho rarolla bothata. (Gen. 16:5, 6) Re ka ithuta’ng? Banna, le na le matla a ho etsetsa malapa a lona liqeto. (1 Bakor. 11:3) Kahoo, ntho eo u ka e etsang ke hore u nahanele maikutlo a mosali oa hao pele u ka etsa qeto, haholo-holo e tla mo ama. (1 Bakor. 13:4, 5) Ka linako tse ling, mosali oa hao a ka ’na a tšoenyeha le ho batla ho u bolella hore na o ikutloa joang. Na u hlompha maikutlo a hae ka ho mo mamela ka hloko? (Bala 1 Petrose 3:7.) Angela le Dmitry ba se ba nyalane ka lilemo tse ka bang 30. O hlalosa hore na monna oa hae o etsa’ng ho mo bontša hore oa mo hlompha. O re: “Dmitry o lula a ikemiselitse ho ’mamela ha ke koatile le ha ke batla ho bua. Oa ’mamella le ha ke nkehile maikutlo.”
17 Sara o ne a bontša hore o hlompha Abrahama ka hore a tšehetse liqeto tsa hae. (Gen. 12:5) Ka letsatsi le leng, Abrahama o ile a etsa qeto ea ho amohela baeti bao ba neng ba sa ba lebella. O ile a kopa Sara hore a tlohele ntho eo a neng a e etsa ’me a etse bohobe bo bongata. (Gen. 18:6) Ka potlako Sara o ile a tlohela ntho eo a neng a e etsa ’me a mamela Abrahama. Basali, le ka etsisa Sara ka hore le tšehetse liqeto tseo banna ba lona ba li etsang. Ha u etsa joalo, u tla matlafatsa lenyalo la hao. (Bala 1 Petrose 3:5, 6.) Dmitry eo re buileng ka eena serapeng se fetileng, o hlalosa hore na mosali oa hae o bontša joang hore oa mo hlompha. O re: “Ke ananela boiteko boo Angela a bo etsang ho tšehetsa liqeto tsa ka le haeba a sa lumellane le tsona. Haa ntšoaee phoso haeba liqeto tseo ke li entseng li sa atleha.” Ho bonolo ho rata motho ea u hlomphang.
KHAOLO EA 4
Motho oa Pele ea Ileng a Loana Ntoa ea Jehova
Abrahama—Moprofeta le Motsoalle oa Molimo
Ho thoe’ng ka ha Abrahama a hlola Kedorlaomere, morena oa Elame? Qalong ea lekholo la bo19 la lilemo, ho ne ho tsejoa ho fokolang ka Baelame. Bahlahlobisisi ba Bibele ba ne ba latola khopolo ea hore Elame e kile ea ba le tšusumetso holim’a Babylonia, re se re sa re letho ka Palestina. Joale, Baelame ba talingoa ka tsela e fapaneng. Ho epolla lintho tsa khale ho senola hore e ne e le sechaba se matla sa bahlabani. Funk & Wagnalls Standard Reference Encyclopedia e re: “Baelame ba ile ba ripitla motse oa Ure hoo e ka bang ka 1950 B.C. . . . Ka mor’a moo ba ba le tšusumetso e kholo holim’a babusi ba Babylonia.”
Ho feta moo, mabitso a marena a Baelame a fumanoe mengolong ea khale e epollotsoeng. A mang a ’ona a qala ka polelo “Kudur,” e tšoanang le “Kedor.” Molimotsana oa bohlokoa oa Baelame e ne e le Lagamar, e tšoanang le “laomere.” Ka hona, hona joale mehloli e meng ea lefatše e amohela Kedorlaomere e le ’musi ea kileng a ba teng historing, ’me ho ka etsahala hore lebitso la hae le bolela “Mohlanka oa Lagamar.” Sete e ’ngoe ea mengolo ea Babylona e na le mabitso a tšoanang le a marena a mararo a neng a futuhile—Tudhula (Tideale), Eri-aku (Arioke), le Kudur-lahmil (Kedorlaomere). (Genese 14:1) Bukeng Hidden Things of God’s Revelation, Dr. A. Custance oa phaella: “Ntle le mabitso ana ho ne ho e-na le lintlha tse neng li bonahala li bua ka liketsahalo tse etsahetseng Babylonia ha Baelame ba hloma bobusi ba bona naheng eo. . . . Matlapa ana a ne a tiisa hore Mangolo a nepile hoo Bahlahlobisisi ba Phahameng ba ileng ba a qhomela ’me ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e matleng a bona hore ka boomo ba pate bohlokoa ba ’ona.”
Ho thoe’ng ka phutuho ea marena a mane? Na ho na le bopaki leha e le bofe ba baepolli ba lintho tsa khale Transjordan le Negeb bo tšehetsang see? E. Bukeng ea hae The Archaeology of the Land of Israel, Profesa Yohanan Aharoni o bua ka ho nyamela ha tsoelo-pele ea mehleng ea pele ho Iseraele e neng e e-na le mehaho e “khahlehang” Transjordan le Negeb, “hoo e ka bang ka 2000 B.C.E.” Baepolli ba bang ba lintho tsa khale ba re sena se etsahetse hoo e ka bang ka 1900 B.C.E. Ho Commentary on Genesis ea hae, Dr. Harold Stigers o re: “Lintho tse entsoeng ka letsopa tse Negeb hammoho le Transjordan tsa mehleng ena li tšoana hantle ’me ka bobeli li bontša hore na ho felisoa ha tsoelo-pele eo e bile ha tšohanyetso, ho senyang hakae.” Esita le bahlahlobisisi ba Bibele, ba kang John Van Seters, ba amohela bopaki ba sena. Bukeng ea hae Abraham in History and Tradition o re: “Bothata bo le bong bo sa rarolloang ke hore na batho bana ba ile ba ea hokae, haeba ho e-na le moo ba ileng teng, qetellong ea mehla eo.”
Genese khaolo ea 14 e fana ka hoo e ka ’nang eaba ke tharollo ea bothata boo. Ho latela tsela eo Bibele e balang nako ka eona, Abrahama o fihlile Kanana ka 1943 B.C.E. Phutuho e senyang ea Kedorlaomere e tlameha e be e etsahetse nakoana ka mor’a moo. Hamorao, lekholong lona leo la lilemo, Molimo o ile oa tlisa timetso ea mollo metseng e boitšoaro bo bobe ea Sodoma le Gomora. Sena se ile sa fetolela ruri boemo ba mobu ba hoo e kileng ea e-ba Phula ea Jordane e nonneng e tlasana. (Genese 13:10-13, NW; 19:24, 25) E ne e se e se letlotlo la bafutuhi ba tsoang naheng esele.
it “Leoatle la Letsoai” ¶6
Leoatle la Letsoai
Sodoma le Gomora. Ho hakanngoa hore metse ea Sodoma le Gomora e ne e le moo Leoatle la Letsoai le fellang teng karolong e ka boroa. Marena a metse ena a ne a le har’a a mang a ileng a loana “Khohlong ea Sidime, Leoatleng la Letsoai.” Ho latela kamoo temana ena e ngotsoeng kateng, ho bonahala e ka Khohlong ea Sidime ke hona moo Leoatle la Letsoai le ileng la e-ba teng. (Ge 14:3) Karolo ea Sodoma le Gomora moo Lota a neng a lula teng e ne e e-na le metsi a mangata, ‘e tšoana le serapa sa Jehova.’ (Ge 13:10-12) Le kajeno, phuleng e ka boroa-bochabela ho lebopo la leoatle lena, hona le limela tse ngata ’me sebakeng seo ho ka boetse ha lengoa koro, harese, lideiti le lifate tsa morara. Taba ea hore hona le sekontiri le letsoai le lengata, haholo-holo karolong e ka boroa, e lumellana le tlaleho ea Bibele e buang ka Sodoma le Gomora.—Ge 14:10; 19:24-26.
it “Saleme”
Saleme
(Saleme) [Khotso].
Ke motse oa boholo-holo moo Melkizedeke e neng e le morena le moprista. (Ge 14:18) Lentsoe la Seheberu le emelang “Saleme,” leo e leng karolo ea lebitso Jerusalema, le ka bolela ntho e imenneng ka makhetlo a mabeli. Kahoo lentsoe lena le ka bolela “Khotso e Imenneng ka Makhetlo a Mabeli.” Baheberu 7:2 e tiisa taba ea hore Saleme e bolela “Khotso.”
Setso sa khale sa Bajuda se bontša hore motse oa Saleme o ne o atamelane le Jerusalema ’me Bibele e netefatsa taba eo. Abrahama o ile a kopana le morena oa Sodoma le Melkizedeke sebakeng se bitsoang “Khohlo ea Morena.” Lilemo tse makholo hamorao, mora oa Morena Davida, Absalome, o ile a hloma pilara moo. Kahoo ho ka etsahala hore ebe khohlo eo e ne e le haufi le Jerusalema e leng motse moholo oa puso ea Baiseraele. (Ge 14:17, 18; 2Sa 18:18) Ha e le hantle, lentsoe “Saleme” le kenyelelitsoe ho lebitso “Jerusalema” ’me mopesaleme o ile a sebelisa lentsoe “Sione” ha a bua ka Jerusalema. (Ps 76:2) Hape, e ne e tla ba ntho e utloahalang hore Melkizedeke e be morena le moprista sebakeng se tšoanang hantle le seo marena a leloko la Davida le baprista ba Balevi ba ileng ba sebeletsa teng. Hape ke moo Jesu Kreste e leng ea khethiloeng ho ba morena le moprista “ka tsela e tšoanang le ea Melkizedeke,” a ileng a bolaeloa teng.—Heb 3:1; 7:1-3, 15-17.
it “Moprista ea Phahameng” ¶27-28
Moprista ea Phahameng
Boemo ba Jesu Kreste e le Moprista ea Phahameng. Lengolo la Baheberu le bontša hore ka mor’a hore Jesu Kreste a tsosoe bafung le ho ea leholimong, e ile ea e-ba “moprista ea phahameng joaloka Melkizedeke ’me o tla lula e le moprista ka ho sa feleng.” (Heb 6:20; 7:17, 21) Boprista ba Kreste bo phahametse ba Arone hole. E le ho bontša hore boprista ba Kreste bo phahame haholo, mongoli oa lengolo la Baheberu o ile a re Melkizedeke e ile ea e-ba morena le moprista hobane a ile a khethoa ke Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, eseng hobane a bo tsoaletsoe. Jesu Kreste o ne a sa tsoe lelokong la Levi empa o ne a tsoa ho la Juda, lesikeng la Davida. Kahoo, ha ea ka ea e-ba moprista hobane a tsoa lelokong la Arone empa hobane a khethiloe ka kotloloho ke Molimo joaloka Melkizedeke. (Heb 5:10) Ho ekeletsa moo, tšepiso e hlahang ho Pesaleme ea 110:4 e re: “Jehova o ikanne ’me a ke ke a fetola maikutlo a hae, o itse: ‘U moprista ka ho sa feleng ka tsela e tšoanang le ea Melkizedeke.’” Kreste o ile a khethoa ho ba Morena le Moprista leholimong. Kaha e ne e tla boela e be mojalefa oa borena boo Molimo a ileng a bo tšepisa Davida, o na le tokelo ea ho busa. (2Sa 7:11-16) Kahoo, Kreste ke morena ebile ke moprista joaloka Melkizedeke.
Taba ea hore boprista ba Kreste ke bo phahameng ka ho fetisisa e boetse e tiisoa ke hore Levi, e leng eena eo leloko la baprista ba Bajuda le simolohileng ho eena, o ile a fa Melkizedeke karolo ea leshome. Re cho tjena hobane ha Abrahama a fa morena eo e neng ebile e le moprista oa Saleme karolo ea leshome, e ne e le hona Levi a tl’o hlaha e le setloholo sa Abrahama. Ka tsela eo, Melkizedeke o ile a boela a hlohonolofatsa Levi ’me hoa tsebahala hore e monyenyane o hlohonolofatsoa ke e moholo. (Heb 7:4-10) Moapostola Pauluse o ile a boela a re ka Melkizedeke: “Ha ho tsejoe hore na ntate oa hae le ’mè oa hae ke bo-mang. Ha ho na tlaleho ea leloko labo. Ha ho tsejoe hore na o hlahile neng le hore na o shoele neng.” Taba ena e tšoantšetsa boprista ba Jesu Kreste ba ka ho sa feleng, eo ha a tsosoa a ileng a fuoa “matla a etsang hore a phele ka ho sa feleng.”—Heb 7:3, 15-17.
Abrahama—O ne a le Sebete
Abrahama o sheba lelapa la hae le bahlanka ba hae ha ba ntse ba itokisetsa ho nka leeto le eang Kanana. (Genese 12:1-5) Ha a ntse a shebile sehlopha sena se seholo sa batho bao kaofela ba leng tlhokomelong ea hae, Abrahama o lemoha boikarabelo bo boholo boo a nang le bona. O tla khona joang ho ba hlokomela ha a le naheng eo a sa e tsebeng? Na ho ne ho sa tl’o ba bonolo ho phetha boikarabelo boo a le Ure, naheng e ruileng e nang le makhulo a maholo, mobu o nonneng le metsi a mangata? Ho tla etsahala’ng haeba a ka kula kapa a shoa a le sebakeng seo se secha? Ke mang ea tla hlokomela lelapa la hae? Haeba Abrahama o ne a tšoenyehile ka lintho tseo, ha a lumelle hore ho tšoenyeha ho mo nyahamise. O ikemiselitse ho phetha le ho mamela litaelo tsa Molimo ho sa tsotellehe se ka etsahalang—e leng ntho e bontšang hore ka sebele o ne a le sebete.
HO BA SEBETE KE HO BA JOANG? Ke ho se sisinngoe habonolo, ho beta pelo le ho ba le boikemisetso—ho fapane le ho ba boi kapa ho ba lekoala. Ho ba sebete ha ho bolele hore ha re tšohe. Ho e-na le hoo, motho ea nang le sebete seo a se fuoeng ke Molimo o phetha seo a lokelang ho se phetha ho sa tsotellehe hore o tšohile.
ABRAHAMA O ILE A BONTŠA SEBETE JOANG? Abrahama o ne a sa tšabe ho etsa se fapaneng le se etsoang ke batho ba bang. Abrahama o holetse sebakeng seo batho ba teng ba rapelang melimo e mengata le litšoantšo. Leha ho le joalo, ha aa ka a lumella hore seo batho ba bang ba se nahanang se mo thibele ho etsa seo a tsebang hore se nepahetse. Ho e-na le hoo, ka sebete Abrahama o ile a khetha tsela e fapaneng le ea ba bang, a khetha ho rapela Molimo a le mong feela—“Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,” Jehova.—Genese 14:21, 22.
Abrahama o ne a nka ho rapela Molimo oa ’nete e le habohlokoa ho feta maruo. O ne a ikemiselitse ho tlohela bophelo bo mabotho-botho boo a neng a bo phela Ure ’me a ee lefeelleng, a tšepa ka ho feletseng hore Jehova o tla mo hlokomela. Ke ’nete hore ha lilemo li ntse li e-ea, e ka ’na eaba Abrahama o ile a nahana ka tse ling tsa lintho tseo a neng a li thabela Ure. Empa Abrahama o ne a kholisehile hore Jehova o tla lula a mo hlokometse le lelapa la hae. Kaha Abrahama o ne a khomaretse Jehova a bile a mo nka e le Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong, o ne a e-na le sebete sa ho mamela litaelo tsa Molimo.
RE ITHUTA’NG? Re ka etsisa Abrahama ka ho hlaolela ho ba le sebete sa ho mamela Jehova, le haeba ba bang bao re nang le bona ba sa etse joalo. Ka mohlala, Bibele e ruta hore ba emelang seo ba se lumelang ho Jehova Molimo ba ka ’na ba hanyetsoa, ebang ke metsoalle ea bona kapa ba malapa a bona mohlomong ba nahana hore ba ba eletsa ka sepheo se setle. (Johanne 15:20) Leha ho le joalo, ha re kholisehile ka seo re ithutileng sona ka Jehova, re emela tumelo ea rona ’me re etsa joalo ka tlhompho.—1 Petrose 3:15.
Re ka boela ra tšepa hore Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla hlokomela ba behang tumelo ho eena. Tšepo e joalo e re fa sebete sa hore re nke lintho tsa moea e le tsa bohlokoa bophelong ba rona ho feta ho ameha ka maruo. (Matheu 6:33) Hlokomela hore na lelapa le leng le entse seo joang.
Le hoja Doug le Becky ba e-na le bashanyana ba babeli ba ntseng ba le banyenyane, ba ne ba batla ho fallela naheng eo ho eona ho hlokahalang baboleli ba litaba tse molemo tsa Bibele. Ka mor’a hore ba etse lipatlisiso hantle le ho rapela ka matla, ba ile ba tsoela pele ka morero oa bona. Doug o re: “Ruri ho ne ho hlokahala sebete hore re nke bana ebe re ea moo, re sa kholiseha le hore na lintho li tla re tsamaela joang. Empa nakong eo re neng re ntse re nahana ka ho falla, re ile ra tšohla mohlala oa Abrahama le Sara. Ho nahana kamoo ba ileng ba tšepa Jehova kateng—le kamoo a sa kang a ba soetsa kateng—ho ile ha re thusa haholo.”
Ha a bua mabapi le bophelo ba bona naheng e sele, Doug o re: “Re ile ra hlohonolofatsoa haholo. Kaha bophelo ba rona ha boa rarahana hakaalo, re khona ho qeta nako e ngata re le ’moho joaloka lelapa—re bolela litaba tse molemo, re qoqa re bile re bapala ’moho le bashanyana ba rona. Re ikutloa re lokolohile hamonate hoo re sitoang le ho hlalosa.”
Ke ’nete hore ha se batho bohle ba ka khonang ho etsa phetoho e kholo joalo. Leha ho le joalo, kaofela ha rona re ka etsisa Abrahama ka ho etsa hore ho sebeletsa Molimo ho tle pele bophelong ba rona, re tšepile hore o lula a re tšehelitse. Ha re etsa joalo, re tla be re latela seo Bibele e se buang ha e re “re ka ba sebete ’me ra re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba.’”—Baheberu 13:5, 6.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
Mosali ea Ipabolang le ea Phelang ka Melao ea Molimo
Sara o ne a nyetsoe ke monna ea ikhethang ea nang le tumelo. Empa mosali enoa ea neng a tšaba Molimo le eena o re behetse mohlala o motle. Ha e le hantle, ka makhetlo a mararo Bibele e mo qolla ka lebitso e le mohlala oo basali ba tšabang Molimo ba lokelang ho o etsisa. (Esaia 51:1, 2; Baheberu 11:11; 1 Petrose 3:3-6) Le hoja Mangolo a sa bue hakaalo ka mosali enoa ea ikhethang, re khona ho hlokomela hore o ne a e-na le litšobotsi tse babatsehang.
Ka mohlala, nahana hore na qalong Sara o ile a ikutloa joang ha Abrahama a ne a mo bolella hore Molimo o re ba tlohe Ure. Na o ile a ipotsa hore na ba ea hokae hona hobane’ng? Na o ne a tšoenyehile ka hore na ba tla phela ka eng? Na o ne a sareloa ha a nahana ka ho siea metsoalle ea hae le ba lelapa, a sa tsebe le hore na o tla ba bona neng haeba le teng o tla ke a ba bone? Ha ho pelaelo hore o ile a nahana ka lintho tse joalo. Leha ho le joalo, o ile a ikemisetsa ho tsamaea, a tšepile hore Jehova o tla mo hlohonolofatsa haeba a mamela.—Liketso 7:2, 3.
Ho phaella tabeng ea ho ba mohlanka oa Molimo ea mamelang, Sara e ne e boetse e le mosali ea babatsehang. Ho e-na le ho phehisana khang le monna oa hae ka litaba tse amang lelapa, Sara o ile a hlaolela ho hlompha monna oa hae ka botebo, a mo tšehetsa ka lerato ha a ntse a tataisa lelapa la bona. Ka ho etsa joalo, e ile ea e-ba pabala—a etsa hore a khahlehe le ho feta—ka botho boo a neng a e-na le bona.—1 Petrose 3:1-6.
Na litšobotsi tse joalo li ka tsoela basali ba mehleng ee molemo? ’Mè e mong ea bitsoang Jill, ea seng a e-na le lilemo tse fetang 30 a nyetsoe, o re: “Mohlala oa Sara o nthutile hore ke lokela ho bolella monna oa ka maikutlo a ka ka bolokolohi. Ho ntse ho le joalo, kaha ke eena hlooho ea lelapa, ke eena ea nang le boikarabelo ba ho etsa qeto. Ha a se a e entse, ke boikarabelo ba ka hore ke etse sohle seo nka se khonang hore qeto eo e atlehe.”
Mohlomong thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ithutang eona ho Sara ke ena: Le hoja Sara a ne a le motle haholo, ha aa ka a lumella botle ba hae bo mo etse hore a ikhohomose. (Genese 12:10-13) Ho e-na le hoo, ka boikokobetso o ile a tšehetsa Abrahama mathateng le manolong bophelong ba bona. Ha ho pelaelo hore Abrahama le Sara e ne e le banyalani ba tšepahalang, ba ikokobelitseng le ba lerato—banyalani bao ka sebele ba ileng ba fumana litlhohonolofatso.
KHAOLO EA 5
O ne a Ikemiselitse ho Etsa Ntho e Boima ka ho Fetisisa
g 5/12 18, lebokose
Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 1
ABRAHAMA—MOTHO EA BILENG TENG NAKONG E FETILENG
◼ Matlapa a letsopa a qalong ea sekete sa bobeli sa lilemo B.C.E., a thathamisitse mabitso a metse a tšoanang le a beng ka Abrahama. Metse ena e akarelletsa Harane, Nakore, Pelege, Seruge le Tera.—Genese 11:17-32.
◼ Ho Genese 11:31, re bala hore Abrahama o ile a tloha “Ure ea Bakalde” le lelapa la hae. Lithako tsa motse ona li ile tsa fumanoa boroa-bochabela ho Iraq. Bibele e boetse e bontša hore ntate oa Abrahama e leng Tera, o shoeletse Harane eo mohlomong hona joale e leng Turkey, ’me Sara mosali oa Abrahama eena o shoeletse Hebrone, e leng o mong oa metse ea khale ka ho fetisisa e ntseng e e-na le baahi Bochabela bo Hare.—Genese 11:32; 23:2.
it “Abrahama” ¶22-23
Abrahama
Bopaki ba Hore Abrahama o Kile a Phela. Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba bua ka Abrahama ka makhetlo a fetang 70 meqoqong ea bona le ha ba ne ba ngola Mangolo a Bibele. Jesu o ile a bua ka eena ka tsela ea tšoantšetso ha a ne a etsa papiso e buang ka monna ea ruileng le Lazaro. (Lu 16:19-31) Ha bahanyetsi ba Jesu ba ne ba ithorisa ka hore ke bana ba Abrahama, ka potlako Jesu o ile a ba bontša hore ke baikaketsi eaba o re: “Hoja le ne le le bana ba Abrahama, le ka be le mo etsisa.” (Joh 8:31-58; Mat 3:9, 10) Moapostola Pauluse o ile a re ntho e etsang hore motho a nkoe a lokile ke haeba a e-na le tumelo e kang ea Abrahama, eseng hobane a tsoa lelokong la hae. (Bar 9:6-8; 4:1-12) Pauluse o ile a boela a re bana ba Abrahama ke Kreste le “balateli ba” hae. (Gal 3:16, 29) Pauluse o ile a boela a bua ka hore Abrahama o ne a le mosa a bile a amohela batho bao a sa ba tsebeng. Hape o ile a mo kenyelletsa lethathamong le lelelele le hlahang ho Baheberu khaolo ea 11 e buang ka sehlopha se seholo sa lipaki tsa Jehova. Pauluse ke eena ea ileng a bontša hore basali ba Abrahama ba babeli, e leng Sara le Hagare ba ne ba tšoantšetsa lilekane tsa Jehova tse peli. (Gal 4:22-31; Heb 11:8) Jakobo eena ha a bua ka Abrahama o ile a re o ile a bontša tumelo ea hae ka liketso ’me ka lebaka leo a bitsoa “motsoalle oa Jehova.”—Jak 2:21-23.
Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane hore lintho tse latelang tse amanang le tlaleho e ka Bibeleng e buang ka Abrahama li nepahetse: Tsela eo ho neng ho hlalosoa libaka ka eona le meetlo ea ka nako eo, e kang ha Abrahama a reka tšimo ea Bahethe, ha a khetha Eliezere hore e be mojalefa oa hae le tsela eo a ileng a tšoara Hagare ka eona.
‘Ntate oa Bohle ba Nang le Tumelo’
4 Ho tlile joang hore Abrame a ithute ka Jehova Molimo? Rea tseba hore Jehova o ne a e-na le bahlanka ba tšepahalang lefatšeng mehleng eo. Sema e ne e le e mong oa bona. Le hoja e ne e se eena oa pele ho bara ba bararo ba Noe, hangata ho buuoa ka eena pele. Mohlomong ke hobane Sema e ne e le monna ea nang le tumelo e khethehileng. Nakoana ka mor’a Moroallo, Noe o ile a re Jehova ke “Molimo oa Sema.” (Gen. 9:26) Sema o ne a hlompha Jehova hammoho le borapeli bo hloekileng.
5 Na Abrame o ne a tseba Sema? Ho ka etsahala hore o ne a mo tseba. A k’u nahane Abrame ha e sa le moshanyana. E tlameha ebe o ne a thaba hakaakang ho tseba hore o na le moholo-holo ea bohlale ea seng a phetse lilemo tse fetang 400! Sema o ile a bona lefatše le khopo la pele ho Moroallo, Moroallo o moholo o ileng oa hloekisa lefatše, ho thehoa ha sechaba sa pele ha batho ba ntse ba ata lefatšeng le matsatsi a mabe ha Nimrode a ne a fetohela Molimo Toreng ea Babele. Sema ea tšepahalang ha aa ka a kenella bofetoheling boo, kahoo ha Jehova a ferekanya maleme a batho ba neng ba haha tora, Sema le ba lelapa la hae ba ile ba tsoela pele ba bua puo ea pele, e leng puo eo Noe a neng a e bua. Lelapa leo le ne le akaretsa Abrame. Ho totobetse hore Abrame o hotse a hlompha Sema haholo. Ho feta moo, Sema o ne a ntse a phela lilemong tse telele tseo Abrame a li phetseng. Kahoo e ka ’na eaba Abrame o ile a ithuta ka Jehova ho Sema.
“Molimo o Ile a Amohela” Limpho Tsa Bona
18 Ha Abrahama a ntse a phela o entse mahlabelo ka makhetlo a mangata. Empa mahlabelo ana kaofela ao a neng a a etsa o ne a a etsetsa Jehova e leng eena feela ea lokelang ho rapeloa. (Gen. 12:8; 13:18; 15:8-10) Na Abrahama o ne a ikemiselitse ho fa Jehova mpho ea boleng bo holimo? Ho joalo hobane o ile a ba a ea boholeng ba hore a ikemisetse ho fana ka mora oa hae eo a mo ratang, Isaka. Nakong eo Abrahama a neng a e’o etsa sehlabelo ka mora oa hae, Jehova o ile a mo bolella hantle hore na a etse sehlabelo sa hae ka mokhoa ofe. (Gen. 22:1, 2) Abrahama o ne a ikemiselitse ho latela taelo eo ea Jehova hantle e le joalo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a thiba Abrahama hore a se ke a bolaea mora oa hae. (Gen. 22:9-12) Jehova o ile a amohela borapeli ba Abrahama hobane bo ne bo etsoa ke motho ea nang le sepheo se setle. Pauluse o ile a ngola a re: “Abrahama o ile a bontša tumelo ho Jehova ’me a nkoa e le motho ea lokileng.”—Bar. 4:3.
“Joaloka Linaleli Tsa Leholimo”
“RURI ke tla atisa peo ea hao joaloka linaleli tsa leholimo le joaloka mahlohlojane a lehlabathe le lebopong la leoatle.” (Genese 22:17, NW) Ke kamoo Molimo o tšepisitseng mopatriareka Abrahama. Leha ho le joalo, tokollo ea haufinyane ea buka ea Bible Review, e bua ka bothata bo bonahalang bo le teng ka lengolo lena.
Bibele e nepile ponong ea mahlale ka ho bapisa palo ea linaleli tse leholimong le mahlohlojane a likete tse limillione a lehlabathe le lebopong la leoatle. Leha ho le joalo, hore linaleli li baloa ka likete tse limillione ho bonahala ho ne ho sa tsejoe mehleng ea boholo-holo. Bible Review ea hlalosa: “Ha e le hantle ha ho na linaleli tse ngata hakaalo leholimong tse ka bonoang ka leihlo la nama. Liithuti tsa linaleli li re bolella hore ka ntle ho thuso ea sebonela-hole, re ka bona feela linaleli tse lipakeng tsa 2 000 le 4 000, ekasita leha leholimo le hlakile.” The World Book Encyclopedia e bolela hore “linaleli tse ka bang 6 000 li khanya hantle ka ho lekaneng hore li ka bonoa ka ntle ho sebonela-hole.”
Joale, ke joang motho a hlalosang ho nepahala ho hlollang ha Bibele ka ho etsa papiso ena? Tlhaloso e ’ngoe e ka ba hore Bibele e “bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Leha ho le joalo, sehlooho ho Bible Review, se sotha qeto ena ka ho hlahisa hore mohlomong Abrahama e ne e le seithuti sa linaleli! Empa tlhaloso e makatsang e ile ea lateloa ke potso ena: “Na batho ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba ka ba le libonela-hole tse senotseng linaleli tseo leihlo la nama le neng le ke ke la li bona?” Ho tšehetsa thuto ena, sehlooho se ile sa qotsa bopaki ba hore majoana a likristale a fumanoeng Ninive le libakeng tse ling tsa boholo-holo a sebelisitsoe e le likhalase tsa boholo-holo tse holisang lintho.
Leha ho le joalo, bopaki ba hore batho ba mehleng ea boholo-holo ba sebelisitse liholisi tse joalo ho bona linaleli ha bo eo. ’Me ekasita le haeba libonela-hole tsa boholo-holo li ne li le teng, ke bopaki bofe bo teng ba hore Abrahama kapa mongoli oa Genese o ne a ka ba le sona? Bonneteng, tšepiso ea Molimo ho Abrahama e mpa e le o mong oa mehlala e mengata ea ho nepahala ha Bibele ponong ea mahlale. Ho bonahala e ne e le ka ntle ho thuso ea sebonela-hole moprofeta Jeremia a tlalehileng pono e nepahetseng ka ho tšoanang: “Joaloka makhotla a maholimo a ke keng a baloa, le lehlabathe le leoatleng le ke keng la lekanngoa.”—Jeremia 33:22.
Jehova o Ile a mo Bitsa Motsoalle oa Hae
“Uena Iseraele, u mohlanka oa ka, uena Jakobo, eo ke mo khethileng, peo ea Abrahama motsoalle oa ka.”—ESAIA 41:8.
KAOFELA ha rona re hloka ho ikutloa re ratoa. Re hloka ho ba le metsoalle le batho ba re ratang. Empa ka holimo ho tsohle, re hloka ho ratoa ke Jehova. Batho ba bangata ha ba lumele hore ba ka ba le setsoalle se haufi le Molimo, kaha ha a bonahale ebile o Matla ’Ohle. Empa re tseba ’nete!
2 Bibele e re bolella ka batho bao e neng e le metsoalle ea Molimo. Re lokela ho ithuta mohlaleng oa bona. Hobane’ng? Hobane ho ba le kamano e ntle le Molimo ho lokela ho tla pele bophelong ba rona. Ka hona, a re ke re tšohleng mohlala oa Abrahama. (Bala Jakobo 2:23.) Ho tlile joang hore e be motsoalle oa Molimo? O ne a e-na le tumelo e matla ho Molimo, ’me a bitsoa “ntat’a bohle ba nang le tumelo.” (Baroma 4:11) Ha re ntse re tšohla mohlala oa hae, ipotse, ‘Nka etsisa tumelo ea Abrahama joang ’me ka matlafatsa setsoalle sa ka le Jehova?’
HO TLILE JOANG HORE ABRAHAMA E BE MOTSOALLE OA JEHOVA?
3 Ak’u nahane Abrahama ea lilemo li 125 a nyoloha thaba a tsamaea butle. A setsoe morao ke mora oa hae Isaka, ea lilemo li ka bang 25. Isaka a nkile patsi, ’me Abrahama a nkile thipa le lintho tseo a tla besa mollo ka tsona. Mohlomong leeto lena e bile le boima ka ho fetisisa bophelong ba Abrahama. Eseng hobane a ne a tsofetse. O ne a ntse a e-na le matla. Leeto leo le ne le le boima hobane Jehova o ne a mo laetse hore a etse sehlabelo ka mora oa hae!—Genese 22:1-8.
4 E ka ’na eaba ena e bile teko e matla ka ho fetisisa ea tumelo ho Abrahama. Batho ba bang ba re Molimo o ne a le khopo ha a laela Abrahama hore a etse sehlabelo ka mora oa hae. Ba bang ba re Abrahama o ne a ikemiselitse ho etsa seo hobane a sa rate mora oa hae. Batho ba buang joalo ha ba na tumelo, ebile ha ba tsebe hore na ho ba le tumelo ho bolela’ng le hore na e sebetsa joang. (1 Bakorinthe 2:14-16) Empa Abrahama ha aa ka a mamela Molimo feela tjee, a sa nahane. O ile a mamela hobane a e-na le tumelo ea ’nete. O ne a tseba hore Jehova a ke ke a mo laela hore a etse ntho e tla mo utloisa bohloko ’me e ke ke ea etsolloa. Abrahama o ne a tseba hore haeba a mamela, Jehova o tla mo hlohonolofatsa hammoho le mora oa hae eo a mo ratang. Ke’ng e ileng ea nolofalletsa Abrahama hore a be le tumelo e matla joalo? Ke lintho tseo a neng a li tseba le tse ileng tsa mo hlahela bophelong.
5 Lintho tseo a neng a li tseba. Abrahama o holetse motseng oa Ure. Batho ba moo hammoho le ntate oa hae, ba ne ba rapela melimo ea bohata. (Joshua 24:2) Kahoo, ho tlile joang hore Abrahama a tsebe Jehova? Bibele e re Abrahama o ne a amana le mora oa Noe ea bitsoang Sema. ’Me Sema o phetse ho fihlela Abrahama a le lilemo li ka bang 150. Sema o ne a e-na le tumelo e matla, ’me e ka ’na eaba o ’nile a bolella beng ka eena ka Jehova. Le hoja re ke ke ra tiisa taba ena, empa e ka ’na eaba ke eena ea boleletseng Abrahama ka Jehova. Seo Abrahama a ileng a se utloa ka Jehova, se ile sa etsa hore a mo rate ’me kahoo, a ba le tumelo.
6 Lintho tse ileng tsa mo hlahela. Ke’ng e ileng ea etsa hore Abrahama a be le tumelo e matla ho Jehova? Batho ba bang ba re lintho tseo re li nahanang li susumetsa tsela eo re ikutloang ka eona, ’me li re susumelletsa ho nka khato. Abrahama o ile a angoa ka ho teba ke seo a ithutileng sona ka Molimo, ’me seo sa etsa hore a be le tlhompho e tebileng ho “Jehova Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi oa leholimo le lefatše.” (Genese 14:22) Bibele e re tlhompho eo ke ‘tšabo ea bomolimo.’ (Baheberu 5:7) Re lokela ho ba le tšabo ea bomolimo e le hore re be metsoalle ea hae. (Pesaleme ea 25:14) Ke sona se ileng sa etsa hore Abrahama a mamele Jehova.
7 Molimo o ile a laela Abrahama le Sara hore ba tlohe Ure, ’me ba ee naheng esele. Ba ne ba se ba holile, ’me ba lokela ho lula litenteng bophelo bohle ba bona. Le hoja Abrahama a ne a tseba hore o tla tobana le maemo a mangata a kotsi, o ne a ikemiselitse ho mamela Jehova. Molimo o ile a mo hlohonolofatsa le ho mo sireletsa ka lebaka la ho mamela. Ka mohlala, Jehova o ile a sireletsa Abrahama le Sara ka mohlolo ha Abrahama a ne a le kotsing ea ho bolaoa, hobane marena a mang a ne a batla ho nka Sara. (Genese 12:10-20; 20:2-7, 10-12, 17, 18) Liketsahalo tseo li ile tsa matlafatsa tumelo ea Abrahama.
8 Na re ka ba metsoalle e haufi ea Jehova? Ka sebele re ka ba eona! Joaloka Abrahama, re lokela ho ithuta ka Jehova. ’Me ke seo le rona re ka se finyellang. Hona joale, re na le boitsebiso bo bongata ho feta boo Abrahama a neng a e-na le bona. (Daniele 12:4; Baroma 11:33) Bibele e fupere boitsebiso bo bongata ka “Moetsi oa leholimo le lefatše.” Seo re ithutang sona ka Jehova se etsa hore re mo rate le hore re mo hlomphe ka ho tebileng. Ha re rata Molimo re bile re mo hlompha, re tla susumelletseha ho mo mamela. Joale ha re mo mamela, o tla re sireletsa a be a re hlohonolofatse, ’me seo se tla matlafatsa tumelo ea rona. Ho sebeletsa Jehova ka ho feletseng, ho tla etsa hore re khotsofale, re be le khotso re be re thabe. (Pesaleme ea 34:8; Liproverbia 10:22) Ha re tsoela pele ho ithuta ka Jehova ’me re bona kamoo a re hlohonolofatsang kateng, setsoalle sa rona le eena se tla tiea le ho feta.
ABRAHAMA O ILE A ETSA’NG HORE A LULE E LE MOTSOALLE OA MOLIMO?
9 Motsoalle ea haufi o tšoana le letlotlo la bohlokoa. (Bala Liproverbia 17:17.) Ha a tšoane le bolompoto feela bo khabisitseng. Setsoalle se tšoana le palesa e ntle e hlokang ho nosetsoa le ho hlokomeloa. Abrahama o ne a ananela setsoalle sa hae le Jehova a bile a se hlokomela. O ile a etsa seo joang?
10 Abrahama o ile a tsoela pele a tšaba Molimo a bile a mo mamela. Ka mohlala, ha a ne a ea Kanana le lelapa la hae le bahlanka ba hae, o ile a batla tataiso ea Jehova ha a etsa liqeto tse kholo le tse nyenyane. Selemo pele Isaka a tsoaloa, ha Abrahama a le lilemo li 99, Jehova o ile a mo laela hore a bolotse bohle ba batona ba ntlo ea hae. Na Abrahama o ile a tsilatsila kapa a leka ho ipehela mabaka e le hore a se ke a etsa seo Jehova a se laetseng? Che, o ile a tšepa Jehova ’me ‘hona letsatsing leo,’ a etsa seo a se laetsoeng.—Genese 17:10-14, 23.
11 Kaha Abrahama o ile a mamela Jehova linthong tsohle esita le linthong tse nyenyane, setsoalle sa bona se ile sa tiea le ho feta. O ne a nolofalloa ho bua le Jehova ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, a bile a mo botsa lipotso ha a sa utloisise. Ka mohlala, o ne a tšoenyehile ha Jehova a re o tl’o felisa motse oa Sodoma le oa Gomora. Hobane’ng? O ne a amehile ka hore ha Jehova a timetsa batho ba babe, o tla timetsa le ba lokileng. Mohlomong o ne a tšoenyehile ka mong ka eena Lota le ba lelapa la hae, ba neng ba lula Sodoma. Kaha Abrahama o ne a tšepa Jehova, “Moahloli oa lefatše lohle,” ka boikokobetso o ile a mo bolella se mo tšoenyang. Jehova ha aa ka a fella motsoalle eo oa hae pelo, ho e-na le hoo, a bontša hore o mohau. Jehova o ile a mo hlalosetsa hore ha a liha kahlolo, o sireletsa ba lokileng.—Genese 18:22-33.
12 Hoa hlaka hore lintho tseo Abrahama a neng a li tseba ka Jehova le tse mo hlahetseng bophelong, li ile tsa tiisa setsoalle sa bona. Hamorao ha Jehova a mo laela hore a etse sehlabelo ka mora oa hae, o ne a tseba hore Jehova ha a fele pelo, o mohau, oa tšepahala ebile oa sireletsa. Abrahama o ne a kholisehile hore Jehova ha a khopo ebile ha a sehloho! Ke hobane’ng ha re bua joalo?
13 Pele Abrahama a siea bahlanka ba hae, o ile a re: “Salang mona le esele, empa ’na le moshanyana re batla ho ea mane ho ea rapela ’me re tla khutlela ho lona.” (Genese 22:5) Abrahama o ne a bolela’ng? Na o ne a ba thetsa ha a re o tla khutla le Isaka, empa a tseba hore o il’o etsa sehlabelo ka eena? Che. Bibele e re Abrahama o ne a tseba hore Jehova a ka khona ho tsosa Isaka bafung. (Bala Baheberu 11:19.) Abrahama o ne a tseba hore Jehova o mo file matla a hore a be le ngoana, le hoja eena le Sara ba ne ba se ba tsofetse. (Baheberu 11:11, 12, 18) Kahoo, o ile a hlokomela hore ha ho letho le ka hlolang Jehova. Abrahama o ne a sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng letsatsing leo. Empa o ne a lumela hore haeba ho hlokahala, Jehova o tla tsosa mora oa hae, e le hore litšepiso tsohle tsa Molimo li ka phethahala. Ke ka lebaka leo Abrahama a bitsoang “ntat’a bohle ba nang le tumelo.”
14 Kajeno, Jehova ha a re laele hore re etse sehlabelo ka bana ba rona, empa o batla hore re mamele litaelo tsa hae. Ka linako tse ling re ka ’na ra se ke ra utloisisa litaelo tseo, kapa tsa re thatafalla. Na u ee u ikutloe ka tsela eo? Ba bang ba thatafalloa ho etsa mosebetsi oa boboleli. Mohlomong ke batho ba lihlong kapa ba thatafalloa ho bua le batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba tšaba ho ba mekhelo mosebetsing kapa sekolong. (Exoda 23:2; 1 Bathesalonika 2:2) Haeba u fuoa kabelo e u thatafallang, nahana ka mohlala oa Abrahama o motle oa ho ba le tumelo le sebete. Ha re thuisa ka mehlala ea banna le basali ba ileng ba tšepahala, seo se tla re susumelletsa hore re ba etsise, ’me re tla atamela haufi le Motsoalle oa rona, Jehova.—Baheberu 12:1, 2.
HO BA MOTSOALLE OA JEHOVA HOA PUTSA
15 Na Abrahama o ile a ikoahlaea hore ebe o mametse litaelo tsa Jehova? Bibele e re Abrahama o ile ‘a shoa a tsofetse, ’me a khotsofetse.’ (Genese 25:8) Leha a se a le lilemo li 175, Abrahama o ne a ikutloa a khotsofetse ha a nahana ka lintho tse ngata tse mo etsahaletseng bophelong. Hobane’ng? Hobane o ne a nka ho ba motsoalle oa Jehova e le habohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Leha ho le joalo, ha Bibele e re Abrahama o shoele “a tsofetse ’me a khotsofetse,” seo ha se bolele hore o ne a sa labalabele ho phela nakong e tlang.
16 Bibele e re Abrahama “o ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.” (Baheberu 11:10) Abrahama o ne a lumela hore ka letsatsi le leng o tla bona motse oo, ka mantsoe a mang, o tla bona ha ’Muso oa Molimo o se o busa lefatšeng. O tla feela a o bone! U ka inahanela hore na Abrahama o tla thaba hakaakang ha a se a phela paradeiseng, ’me a tsoela pele ho matlafatsa setsoalle sa hae le Molimo. O tla thaba ha a utloa hore mohlala oa hae oa ho ba le tumelo, o thusitse bahlanka ba Molimo ka lilemo tse likete! O tla lemoha hore sehlabelo seo a neng a lokela ho se etsa Thabeng ea Moria, se ne se tšoantšetsa ho hong. (Baheberu 11:19) O tla boela a hlokomele hore bohloko boo a ileng a bo utloa ha a lokisetsa ho etsa mora oa hae Isaka sehlabelo, bo thusitse bahlanka ba Jehova ba tšepahalang hore ba utloisise bohloko boo Jehova a ileng a bo utloa, ha a fana ka Mora oa hae Jesu Kreste e le thekollo. (Johanne 3:16) Mohlala oa Abrahama o re thusa ho ananela thekollo le ho feta, e leng ketso e lerato ka ho fetisisa eo re e etselitsoeng!
17 E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho etsisa tumelo ea Abrahama. Re lokela ho ithuta ka Jehova re be re lemohe seo a re etselitseng sona bophelong. Ha re tsoela pele ho ithuta ka Jehova le ho mo mamela, o tla re hlohonolofatsa a be a re sireletse. (Bala Baheberu 6:10-12.) E se eka Jehova e ka ba Motsoalle oa rona ka ho sa feleng! Sehloohong se latelang, re tlil’o tšohla mohlala oa batho ba bang ba bararo ba tšepahalang, bao e ileng ea e-ba metsoalle ea Molimo.
[Box on pages 10, 11]
SETSOALLE SA ABRAHAMA LE JEHOVA
HA A SA LE URE
Abrahama le Sara ba ithuta ka Jehova ’me e ba barapeli ba hae
Abrahama o mamela Molimo ’me o tloha Ure
HA A LE LEETONG LA HO EA KANANA
Jehova o sireletsa Abrahama le Sara ha ba le leetong
HA A LE KANANA
Abrahama o mamela Jehova ’me o bolotsa bohle ba batona ba ntlo ea hae
Jehova o mamela seo Abrahama a tšoenyehileng ka sona ka motse oa Sodoma a sa mo felle pelo
Jehova o etsa hore Abrahama le Sara ba be le mora
Abrahama o bontša tumelo ’me o ikemisetsa ho etsa sehlabelo ka Isaka
Abrahama o shoa “a tsofetse ’me a khotsofetse”
KHAOLO EA 6
O Ile a ea Moo a sa Tsebeng
Ho Fumanela Isaka Mosali
Monna eo e ne e le mohlanka oa Abrahama, “e moholo ka tlung ea hae.” (Genese 24:2) Le hoja a sa boleloa ka lebitso tlalehong ena, kamoo ho bonahalang kateng enoa e ne e le Eliezere eo ka nako e ’ngoe Abrahama a ileng a mo bitsa ‘ea tsoaletsoeng tlung ea hae’ le eo a ileng a bua ka eena e le ea mocheng oa ho ‘ba mojalefa oa hae.’ (Genese 15:2, 3) Ho hlakile hore e ne e le nakong eo Abrahama le Sara ba neng ba se na bana. Joale mora oa bona Isaka o ne a le lilemo li 40, ’me le hoja Eliezere e ne e se e se mojalefa ea ka sehloohong oa Abrahama, e ne e ntse e le mohlanka oa hae. Kahoo o ile a lumela ha Abrahama a etsa kopo e phephetsang. E ne e le efe?
Ho Fumanela Isaka Mosali
Mehleng ea Abrahama, lenyalo le ne le sa ame lelapa feela empa le ne le boetse le ama leloko lohle, kapa sechaba se nang le mothehi a le mong. Ka hona, e ne e le tloaelo hore batsoali ba khethele bana ba bona balekane. Leha ho le joalo, Abrahama o ne a tobane le bothata ha a batlela mora oa hae, Isaka, mosali. Mekhoa ea ho se tšabe Molimo ea Bakanana ba neng ba phela le bona e ile ea etsa hore ho hang a se nahane ka ho nyallana le ea mong oa bona. (Deuteronoma 18:9-12) Le hoja e ne e le tloaelo hore monna a nyale lelokong la habo, beng ka Abrahama ba ne ba lula bohole ba lik’hilomithara tse makholo, Mesopotamia leboea. O ne a ke ke a lumella Isaka habonolo feela hore a fallele moo, kaha Jehova o ne a tšepisitse Abrahama: “Lesika la hao ke tla le nea naha ena,” naha ea Kanana. (Genese 24:7) Kahoo, Abrahama o ile a re ho Eliezere: ‘U mpe u ee fatšeng la heso, le ho baheso, u nkele mora oa ka Isaka mosali teng.’—Genese 24:4.
it “Rebeka” ¶4
Rebeka
Ha mohlanka oa Abrahama a hlokomela hore thapelo ea hae e arabiloe, o ile a kenya Rebeka lesale la khauta nkong a ba a mo fa le lifaha tsa khauta tse peli tse ntle tse roaloang matsohong (Tseo mehleng ena li ka rekoang ka bonyane lidolara tse 1 350 tsa Amerika). Ha a fihla hae o ile a bontša ba lelapa labo lintho tseo, ho akareletsa ’mè oa hae le abuti oa hae Labane. Ba lelapa labo ba ile ba amohela Eliezere hammoho le banna bao a neng a tsamaea le bona. (Ge 24:22-32) Pele Eliezere a ka ja, o ile a bolella ba lelapa labo Rebeka lebaka le mo tlisitseng moo. Labane le Bethuele ba ile ba lumela hore Rebeka a ka nyaloa ke Isaka. Eliezere o ile a fa Rebeka hammoho le ba lelapa labo limpho tse akareletsang lintho tse ntle tsa silevera, khauta le liaparo. Ka mor’a moo ba ja hammoho. (Ge 24:33-54) Litumellano tsena tsa lenyalo le hlomphehang ha li ea ka tsa e-ba lipakeng tsa Rebeka le Isaka empa li ile tsa e-ba lipakeng tsa batsoali ba bona ho ea ka moetlo oa ka nako eo. Ka tsela eo, Rebeka o ne a lebelelitsoe ho Isaka eo hamorao e ileng ea e-ba monna oa hae.
“Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”
Lelapa labo Rebeka le ile la mo hlohonolofatsa. Ka mor’a moo eena le Debora ea neng a mo hlokomela ha e sa le ngoana hammoho le makhabunyane a mang, ba tsamaea le Eliezere le banna ba hae. (Genese 24:59-61; 35:8) Ba ne ba se ba le hole le Harane. Ba ile ba tsamaea leeto le lelelele la lik’hilomithara tse 800 leo mohlomong le nkileng libeke tse tharo. E ne e se leeto le bonolo. Le hoja Rebeka a ne a tloaetse ho bona likamele motseng oa habo, o ne a sa tsebe ho li palama. Bibele e re habo Rebeka ba ne ba ruile linku, e ne e se barekisi ba tsamaeang ka likamele. (Genese 29:10) Hangata batho ba ithutang ho palama kamele ba lla ka ho kukuneloa esita leha ba e palame ka nako e khutšoanyane.
Rebeka Mosali ea Neng a le Mafolofolo a Bile a Tšaba Molimo
NAHANA hore na ho ne ho tla ba joang haeba u ne u ka lokela ho khethela mora oa hao mosali. U ne u tla khetha motho oa mofuta ofe? Ho ne ho tla hlokahala hore a be le litšoaneleho life? Na u ne u tla batla motho ea motle, ea bohlale, ea mosa le ea sebetsang ka thata? Kapa na u ne u tla qala ka ho sheba lintho tse ling?
Abrahama o ile a thulana le bothata bona. Jehova o ne a ile a mo tšepisa hore litlhohonolofatso li ne li tla tlela litloholo tsa hae ka mora oa hae Isaka. Ha re qala tlaleho ena, Abrahama o se a tsofetse, empa mora oa hae e sa ntse e le lesooa. (Genese 12:1-3, 7; 17:19; 22:17, 18; 24:1) Kaha Isaka o tla hlohonolofatsoa hammoho le mosali eo e neng e le hona a tla mo fumana le bana leha e le bafe bao ho neng ho ka etsahala hore ba be le bona, Abrahama o etsa litokisetso tsa ho batlela Isaka mosali ea tšoanelehang. Ka holim’a tsohle, mosali eo e lokela ho ba mohlanka oa Jehova. Kaha sebakeng seo Abrahama a lulang ho sona sa Kanana, ha ho na basali ba sebeletsang Jehova, o tlameha ho ea mo batla sebakeng se seng. Qetellong ho khethoa Rebeka. Abrahama o mo fumane joang? Na ke mosali ea ratang lintho tsa moea? Re ka ithuta eng ha re hlahloba mohlala oa hae?
Ho Batla Mosali ea Tšoanelehang
Abrahama o romela mohlanka oa hae e moholo ka ho fetisisa, eo ho ka etsahalang hore ebe e ne e le Eliezere, hore a ee Mesopotamia e hole ho ea nkela Isaka mosali har’a beng ka Abrahama, e leng barapeli-’moho le eena ba Jehova. Taba ena e tebile hoo Eliezere a bolelloang hore a hlapanye hore a ke ke a nkela Isaka mosali oa Mokanana. Tsela eo Abrahama a phehellang ka eona tabeng ena ea thahasellisa.—Genese 24:2-10.
Ka mor’a hore Eliezere a fihle motseng oa beng ka Abrahama, o isa likamele tsa hae tse leshome selibeng. Ak’u bone ka mahlo a kelello se etsahalang! Ke phirimana, ’me Eliezere oa rapela o re: “Bona! ke eme selibeng sa metsi, ’me barali ba banna ba motse ona ba tsoa ho tla kha metsi. Moroetsana eo ke tla re ho eena, ‘Ka kopo, theola nkho ea hao ea metsi e le hore ke noe,’ ’me ebe ruri o re, ‘Noa, ’me ke tla noesa le likamele tsa hao,’ enoa ke eena eo u tla mo abela mohlanka oa hao, Isaka.”—Genese 24:11-14.
Joalokaha mohlomong mosali e mong le e mong oa sebaka seo a ne a tseba, kamele e nyoriloeng e ka noa metsi a mangata (lilithara tse ka bang 100). Kahoo mosali ea neng a ithaopela ho khella likamele tse leshome metsi o ne a tla tlameha ho ikemisetsa ho sebetsa ka thata. Ka ho etsa joalo ba bang ba ntse ba mo shebelletse feela ba sa mo thuse e ne e tla ba bopaki bo sa belaetseng ba hore ke motho ea matla, ea nang le mamello, ea ikokobelitseng le ea ratang batho le liphoofolo.
Ho etsahala’ng? “Eitse pele a qeta ho bua, bonang! Rebeka a tsoa, ea tsoaletsoeng Bethuele mora oa Milka mosali oa Nakore, mor’abo Abrahama, ’me nkho ea hae ea metsi e ne e le lehetleng la hae. Joale moroetsana enoa o ne a e-na le ponahalo e khahlehang, e le moroetsana, . . . eaba o theohela selibeng ’me o qala ho tlatsa nkho ea hae ea metsi a ntan’o nyoloha. Hang-hang mohlanka a matha ho ea mo khahlanyetsa ’me a re: ‘Ka kopo, mphe metsinyana ka nkhong ea hao.’ Eaba o re: ‘Noa, moren’a ka.’ Ka potlako a theola nkho ea hae ea metsi a e tšoara ka letsoho ’me a mo fa se nooang.”—Genese 24:15-18.
Na Rebeka oa Tšoaneleha?
Rebeka ke setloholoana sa ngoan’abo Abrahama, ’me ntle le hore o motle, o itšoere hantle. Ha a tšabe ho bua le motho eo a sa mo tsebeng, hape ha a mosa ka tsela e feteletseng. Oa lumela ha Eliezere a mo kopa se nooang. Ho ne ho tlamehile hore ho be joalo, kaha sena ke letšoao la ho bontša mekhoa e metle. Ho thoe’ng ka karolo ea bobeli ea teko eo?
Rebeka o re: “Noa, moren’a ka.” Empa ha a felle moo. Rebeka o tsoela pele o re: “Le likamele tsa hao ke tla li khella metsi ho fihlela li qetile ho noa.” O ithaopela ho etsa se fetang seo ka tloaelo ho neng ho lebeletsoe hore a se etse. Ka mafolofolo ‘oa potlaka ’me o tšollela nkho ea hae ka senoelong ’me o matha ka makhetlo a mangata ho ea kha metsi ’me o khella likamele tsohle tsa hae.’ O etsa mosebetsi oa hae ka mafolofolo. Tlaleho e re: ‘Ka nako ena eohle monna enoa o ntse a mo talimisisa ka ho makala.’—Genese 24:19-21.
Ha Eliezere a hlokomela hore moroetsana enoa o amana le Abrahama, o itihela fatše ka sefahleho ho leboha Jehova. O botsisisa hore na ebe ho na le sebaka ka tlung ea ntat’ae seo eena le bao a tsamaeang le bona ba ka hlolang bosiu ho sona. Rebeka o re sebaka se teng ’me o mathela hae ho ea ba bolella hore ho na le baeti.—Genese 24:22-28.
Ha khaitseli’a Rebeka, Labane, le ntat’ae, Bethuele, ba qeta ho mamela litaba tsa Eliezere, ba lemoha hore Molimo o tataisa lintho. Ka sebele Rebeka o khethetsoe Isaka. Ba re: “Mo nke ’me u tsamaee, ’me e be mosali oa mora oa mong’a hao, feela joalokaha Jehova a buile.” Rebeka eena o ikutloa joang ka taba ee? Ha a botsoa hore na ebe o tla tsamaea hang-hang, o araba ka lentsoe le le leng la Seheberu, le bolelang: “Ke ikemiselitse ho tsamaea.” Ha ho letho le mo tlamang hore a lumele kopo ena. Abrahama o ile a hlakisa sena ha a ne a lokolla Eliezere kanong ea hae “haeba mosali eo a sa lakatse ho tla.” Empa Rebeka le eena o bona letsoho la Molimo tabeng ena. Kahoo ntle ho tšenyo ea nako, o siea ba lelapa labo ho ea nyalana le monna eo ho seng mohla a kileng a teana le eena. Qeto eo e bontšang sebete ke pontšo e tsotehang ea tumelo. Ka sebele ke mosali ea tšoanelehang!—Genese 24:29-59.
Ha Rebeka a teana le Isaka, o ikoahela ka lesira e le pontšo ea boikokobetso. Isaka oa mo nka hore e be mosali oa hae, ’me ha ho pelaelo hore ka lebaka la litšoaneleho tsa hae tse ntle, Isaka oa mo rata.—Genese 24:62-67.
Bara ba Mafahla
Rebeka e ba nyopa ka lilemo tse 19. Qetellong, o emola mafahla, empa nako ea boimana ba hae e ba thata, hobane bana bana ba loantšana ka mpeng ea hae, ’me sena se etsa hore Rebeka a ipiletse ho Molimo. Le rona re ka etsa se tšoanang ha re tšoenyehile haholo bophelong ba rona. Jehova o utloa Rebeka ’me oa mo khothatsa. E tla ba ’mè oa lichaba tse peli, ’me “e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”—Genese 25:20-26.
E ka ’na eaba mantsoe ao ha se ’ona feela a etsang hore Jakobo, mora e monyenyane, e be eena thatohatsi ea Rebeka. Bashemane bana ha ba tšoane. Jakobo ke “ea sa tšoauoeng phoso,” empa Esau ke motho ea sa tsotelleng lintho tsa moea ho hang hoo bakeng sa sejo se le seng feela, a rekisetsang Jakobo tokelo ea hae ea tsoalo, e leng tokelo ea hae ea ho rua litšepiso tsa Molimo. Ho nyala ha Esau basali ba babeli ba Bahethe ho bontša ho se tsotelle—esita le ho nyelisa—lintho tsa bohlokoa tsa moea, ho etsang hore batsoali ba hae ba tšoenyehe haholo.—Genese 25:27-34; 26:34, 35.
Ho Loanela Hore Jakobo a Hlohonolofatsoe
Bibele ha e bolele hore na ebe Isaka oa tseba hore Esau o lokela ho sebeletsa Jakobo. Leha ho le joalo, Rebeka le Jakobo baa tseba hore o lokela ho hlohonolofatsoa. Rebeka o tlola matjato ha a utloa hore Isaka o rera ho hlohonolofatsa Esau ha a isetsa ntat’ae lijo tse nang le nama ea phoofolo e tsonngoeng. O ntse a e-na le boikemisetso le cheseho tseo a neng a e-na le tsona ha a ne a sa le mocha. O ‘laela’ Jakobo hore a mo tlisetse lipotsanyane tse peli. O il’o phehela monna oa hae lijo tseo a li ratang haholo. Joale Jakobo o lokela ho iketsa eka ke Esau e le hore a fumane tlhohonolofatso. Jakobo o hana ho etsa sena. Ha ho pelaelo hore ntat’ae o tla hlokomela leqheka lena ebe oa mo rohaka! Rebeka oa phehella. O re: “Bomalimabe bo reretsoeng uena bo be holim’a ka, mora oa ka.” Joale o pheha lijo, o etsa hore Jakobo a ikhakanye eke ke Esau, ’me o mo romela ho monna oa hae.—Genese 27:1-17.
Ha hoa boleloa hore na ke hobane’ng ha Rebeka a etsa sena. Ba bangata ba nyatsa seo Rebeka a se entseng, empa Bibele ha e se nyatse, le Isaka ha aa ka a se nyatsa ka mor’a hore a hlokomele hore Jakobo o fumane tlhohonolofatso. Ho e-na le hoo, Isaka oa se tiisa. (Genese 27:29; 28:3, 4) Rebeka o tseba seo Jehova a se boletseng esale pele ka bara ba hae. Kahoo o nka mehato ea ho tiisa hore Jakobo o fumana tlhohonolofatso e mo loketseng. Ka ho hlakileng, sena se tumellanong le thato ea Jehova.—Baroma 9:6-13.
Jakobo o Romeloa Harane
Joale Rebeka o nyopisa merero ea Esau ka ho khothalletsa Jakobo hore a balehe ho fihlela bohale ba ngoan’abo bo kokobela. O batla hore Isaka a mo lumelle ho phetha morero oa hae empa ka mosa o qoba ho bolela hore Esau o ne a halefetse Jakobo. Ho e-na le hoo, ka masene o ipiletsa ho monna oa hae ka ho bolela kamoo a tšoenyehileng kateng ka hore mohlomong Jakobo a ka ’na a nyala Mokanana. Ho nahana feela hore Jakobo a ka nyala Mokanana ho susumetsa Isaka hore a laele Jakobo hore a qobe lenyalo le joalo le ho mo romela lelapeng labo Rebeka ho ea batla mosali ea tšabang Molimo. Ha ho tlaleho e bontšang hore Rebeka o ile a boela a bona Jakobo hape, empa lintho tseo Rebeka a li entseng li tlisetsa sechaba sa ka moso sa Iseraele moputso o moholo.—Genese 27:43–28:2.
Seo re se tsebang ka Rebeka se re susumeletsa hore re mo hlomphe. O ne a le motle haholo, empa boinehelo ba hae ba bomolimo ke bona bo neng bo mo etsa hore a be motle le ho feta. Ke sona seo Abrahama a neng a se batla ho ngoetsi ea hae. Mohlomong litšobotsi tse ling tsa hae li ne li feta hole seo Abrahama a neng a se lebeletse. Tumelo ea hae le sebete sa hae sa ho latela tataiso ea Molimo le cheseho ea hae, boikokobetso ba hae, le tsela eo ka eona a neng a amohela baeti ka mosa ke litšoaneleho tseo basali bohle ba Bakreste ba lokelang ho li etsisa. Tsena ke litšoaneleho tseo Jehova ka boeena a li batlang ho mosali ea behang mohlala e le kannete.
Lihlooho tse websaeteng “Litšoantšo Tse ka Torouoang”
Litšobotsi Tse Ntle Tsa Rebeka
SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA
Ke Eng e Fosahetseng Setšoantšong See?
Balang Genese 24:1-4, 10-23. Ke lintho life tse tharo tse sa nepahalang setšoantšong see? Ngolang likarabo meleng e ka tlase ’me le qetelle setšoantšo sena ka ho se taka.
1․․․․․
2․․․․․
3․․․․․
SE KA TŠOHLOANG: Rebeka o ile a bontša litšobotsi life tsa bohlokoa? NTLHA E THUSANG: Balang Liproverbia 31:17, 27, 29-31; 1 Petrose 4:9. U ka etsisa Rebeka joang? NTLHA E THUSANG: Balang Liproverbia 11:25; Baroma 12:11.
SE KA ETSOANG KE LELAPA: Ngola lebitso la motho a le mong eo u ka ratang ho mo thusa. Ka mor’a moo, ngola lethathamo la lintho tseo le ka li etsang ho thusa motho eo. Bontša lelapa pampiri eo u ngotseng ho eona. Etsang qeto hammoho ea hore na le tla thusa motho eo joang hona neng. Ka mor’a hore u thuse motho eo, kopanang hammoho le le lelapa ’me le buisane ka hore na u ile oa ikutloa joang ka mor’a hore u mo thuse.
1. Ho lokela hore ho be le likamele tse 10, eseng tse 11.
2. Rebeka o ile a tlatsa metsi ka senoelong, eseng ka meqomong e meraro.
3. Mohlanka o ile a fa Rebeka lesale la nko le lipetja tse peli, eseng sefaha sa molaleng.
Le ka fumana lihlooho tse ling tsa “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho, www.jw.org
KHAOLO EA 7
O Ile a Sireletsa Lelapa la Hae ka Sebete
Jakobo o ne a Ananela Litekanyetso Tsa Moea
Jakobo ha aa ka a amoha Esau lefa la hae. Pele bashemane bana ba hlaha, Jehova o ile a bolela hore “e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.” (Genese 25:23) Motho e mong a ka ’na a botsa: ‘Na ho ka be ho sa ka ha e-ba bonolo haeba Molimo a ne a ile a etsa hore Jakobo a hlahe pele?’ Se ileng sa latela se ile sa ruta linnete tsa bohlokoa. Ha ho na litlhohonolofatso tseo Molimo a li bolokelang batho ba nahanang hore ba na le tokelo ea ho li fumana, empa o bontša mosa o sa tšoanelang ho bao a khethang ho ba fa tsona. Kahoo, tokelo ea tsoalo e ile ea ea ho Jakobo, eseng ho moholoane oa hae, ea neng a sa e ananele. Ka ho tšoanang, kahobane Bajuda ba tlhaho e le sechaba ba ile ba bontša boikutlo bo tšoanang le ba Esau, ba ile ba nkeloa sebaka ke Iseraele ea moea. (Baroma 9:6-16, 24) Kajeno ho ba le likamano tse ntle le Jehova ha ho mohla ho tlang e le lefa leo motho a le fumanang ntle ho boiteko, esita le haeba a tsoaletsoe lelapeng kapa tikolohong ea batho ba tšabang Molimo. Bohle ba lakatsang ho fumana litlhohonolofatso tsa Molimo, ba lokela ho loanela ho bontša hore ba tšaba Molimo, ba ananele lintho tsa moea e le kannete.
Jakobo o ne a Ananela Litekanyetso Tsa Moea
Ka toro Molimo o ile a bontša Jakobo mangeloi a nyolosang a theosa lereng, kapa litepising tse eang holimo tsa majoe, pakeng tsa leholimo le lefatše ’me a bolela hore o ne a tla sireletsa Jakobo le peo ea hae. “Ka sebele malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka uena le ka peo ea hao. Bona! ke na le uena ’me ke tla u boloka tseleng eohle eo u tsamaeang ka eona ’me ke tla u khutlisetsa naheng ena, hobane nke ke ka u tlohela ho fihlela ke phethile seo ke se buileng ho uena.”—Genese 28:10-15.
See se khothatsa hakaakang! Jehova o ile a tiisa hore litšepiso tse etselitsoeng Abrahama le Isaka li ne li tla matlafatsa lelapa la Jakobo moeeng. Ho ile ha etsoa hore Jakobo a hlokomele hore mangeloi a ka sebeletsa bao Molimo a ba amohelang ’me o ile a tiisetsoa hore Molimo o tla mo sireletsa. Ha Jakobo a leboha, o ile a etsa kano ea hore o tla tšepahala ho Jehova.—Genese 28:16-22.
Jakobo o ne a Ananela Litekanyetso Tsa Moea
Eaba ho etsahala ntho e sa lebelloang. Motho e mong ea sa tsejoeng, eo ho ileng ha bonahala hore ke lengeloi, o ile a betana le Jakobo bosiu, ’me ka ho mo ama hanngoe feela o ile a nonyetsa lenonyello la Jakobo la serope. Jakobo o ile a hana ho tlohela lengeloi leo pele le mo hlohonolofatsa. Hamorao moprofeta Hosea o itse Jakobo o ile “a lla, e le hore a ka ikopela mohau.” (Hosea 12:2-4; Genese 32: 24-29) Jakobo o ne a tseba hore ho bonahala ha mangeloi nakong e fetileng ho ne ho amana le ho phethahala ha selekane sa Abrahama ka peo ea hae. Kahoo, o ile a ikitlaetsa ntoeng e matla eaba oa hlohonolofatsoa. Nakong ena, Molimo o ile a fetola lebitso la hae hore e be Iseraele, le bolelang “Ea Loanang (Ea Phehellang) le Molimo,” kapa “Molimo oa Loana.”
w95 9/15 21 ¶5, nal.
Malapa a Tšabang Molimo a Nakong e Fetileng—Mohlala Bakeng sa Mehla ea Rona
Leha ho le joalo, lilemo tse itseng hamorao, ka mor’a hore Jakobo a fallele naheng ea Kanana, ho bonahala eka o ne a sa lemohe hore morali oa hae Dina o ne a qapile mokhoa o kotsi oa ho tloaelana le Bakanana ba bahetene. (Genese 34:1) Hape o ile a hloleha ho nka bohato ha a lemoha lintho tsa bolumeli ba bohetene lapeng la hae. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Mokanana a bete Dina ka sehloho, Jakobo o ile a nka bohato bo tiileng. O ile a laela: “Lahlang melimo esele e har’a lōna; le itlhatsoe.”—Genese 35:2-4.
[Naletsana]
Re lokela ho hlokomela hore pele ho mona, Jakobo o ne a ile a nka mehato e tiileng ea ho sireletsa lelapa la hae tšusumetsong ea Bakanana. O ile a haha aletare, eo ho seng pelaelo hore e ne e le ea mofuta o neng o mo arola ho baahisani ba hae ba Bakanana. (Genese 33:20; Exoda 20:24, 25) Ho feta moo, o ile a hloma litente tsa hae ka ntle ho motse oa Shikeme ’me a iphatela seliba. (Genese 33:18; Johanne 4:6, 12) Ka tsela eo Dina a ka be a ile a lemoha hantle hore takatso ea Jakobo ke hore a se ke a tloaelana le Bakanana.
Tsoelang Pele le mo Mamela
10 Bala Matheu 5:23, 24. Mona Jesu o bua ka ketsahalo e neng e le bohlokoa haholo ho Bajuda ba neng ba mo mametse. Nahana ka motho ea tempeleng ea tl’o fana ka sehlabelo sa phoofolo ho moprista. Haeba ha a le moo a hopola hore mor’abo o na le ho hong khahlanong le eena, o ne a lokela ho tlohela sehlabelo sa hae moo ’me “a tlohe.” Hobane’ng? Na ho na le ntho e neng e ka ba bohlokoa ho feta ho fa Jehova sehlabelo? Jesu o ile a re ka ho hlaka: “Etsa khotso le mor’eno pele.”
11 Re ka ithuta lithuto tsa bohlokoa ka ho etsa khotso mohlaleng oa Jakobo. Ka mor’a lilemo tse ka bang 20 Jakobo a se a tlohile habo, Molimo o ile a roma lengeloi hore le mo bolelle hore a khutle. (Gen. 31:11, 13, 38) Empa ho ne ho e-na le bothata. Abuti oa hae e moholo e leng Esau o ne a batla ho mo bolaea. (Gen. 27:41) Jakobo o ne a ‘tšohile haholo ’me a tšoenyehile’ hore e ka ’na eaba abuti oa hae o ntse a mo koatetse. (Gen. 32:7) Jakobo o ile a etsa’ng ho etsa khotso le mor’abo? Qalong o ile a rapela Jehova ka tieo ’me a mo bolella ka taba ena. Ka mor’a moo o ile a fa Esau mpho e babatsehang haholo. (Gen. 32:9-15) Ha Jakobo a kopana le Esau, o ile a mo bontša tlhompho. O ile a inama ka pel’a Esau eseng hanngoe kapa habeli empa ka makhetlo a supileng. Jakobo o ile a ikokobetsa ’me a bontša tlhompho le ho etsa khotso le mor’abo.—Gen. 33:3, 4.
12 Re ithuta thuto ea bohlokoa tseleng eo Jakobo a ileng a itokisa ka eona ha a ne a il’o kopana le mor’abo le tseleng eo a ileng a bua le Esau ka eona. Ka boikokobetso Jakobo o ile a kopa Jehova hore a mo thuse. O ile a etsa lintho tumellanong le thapelo ea hae ka hore a etse sohle seo a ka se khonang ho etsa khotso le mor’abo. Ha ba ne ba kopana, Jakobo ha aa ka a etsa khang le Esau ka hore na ke mang ea neng a fositse kapa a nepile. Ntho eo Jakobo a neng a e batla ke ho etsa khotso le mor’abo. Re ka etsisa mohlala oa Jakobo joang?
U KA ETSA KHOTSO LE BA BANG JOANG?
13 Haeba re batla ho tsamaea tseleng e isang bophelong, re lokela ho boloka khotso le bara le barali ba bo rona. (Bar. 12:18) Re lokela ho etsa’ng haeba re hlokomela hore re utloisitse mora kapa morali oa bo rona bohloko? Joaloka Jakobo, re lokela ho rapela Jehova ka tieo, re mo kope hore a re thuse hore re etse khotso le mora kapa morali oa bo rona.
14 Re boetse re lokela ho itlhahloba. Re ka ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Na ke ikemiselitse ho lumela hore ke phoso, ho kopa tšoarelo le ho etsa khotso? Jehova le Jesu ba tla ikutloa joang haeba ke etsa boiteko ba ho etsa khotso le mora kapa morali oa bo rona?’ Likarabo tsa rona li tla re susumelletsa ho mamela Jesu le ho ikokobetsa e le hore re etse khotso le bara le barali ba bo rona. Ka tsela ena re tla be re etsisa mohlala oa Jakobo.
15 Nahana hore ho ka be ho ile ha etsahala’ng hoja Jakobo a ile a ikhohomosa ha a ne a il’o kopana le mor’abo. Ho ne ho tla senyeha. Re lokela ho ikokobetsa ha re il’o etsa khotso le mora kapa morali oa bo rona. (Bala Baefese 4:2, 3.) Liproverbia 18:19 e re: “Mor’abo motho ha a sitetsoe o feta motse o matla; ’me ho na le likhang tse joaloka mokoallo oa tora ea bolulo.” Haeba re kopa tšoarelo ka boikokobetso, ho ka thusa motho eo re kopang tšoarelo ho eena hore a lumele hore re etse khotso.
16 Re boetse re lokela ho nahana ka hloko hore na re tla reng ho mora kapa morali oa bo rona le hore na re tla bua joang le eena. Ha re se re le maemong a matle a hore re ka bua, re lokela ho etsa joalo ka morero oa hore a re tšoarele. Qalong a ka ’na a bua lintho tse ka re utloisang bohloko. Ho ka ’na ha e-ba bonolo hore re koate re be re leke ho ipuella empa na ho etsa joalo e tla be e le bohlale? E tla be e se bohlale ho hang. Hopola hore ho etsa khotso le mor’eno ke habohlokoa ho feta ho tseba hore na ke mang ea fositseng kapa ea nepileng.—1 Bakor. 6:7.
17 Mora oa bo rona Gilbert o ne a sebetsa ka thata hore a etse khotso le batho ba bang. O re: “’Na le e mong oa lelapa re ne re sa utloane. Ka lilemo tse peli ke ile ka leka ho bua le eena ke khobile matšoafo e le hore re boele re be le kamano e ntle hape.” Mora oa bo rona Gilbert o ile a etsa’ng hape? O re: “Pele ke bua le eena ke ne ke rapela ’me ke lokisa kelello ea ka hore ke se ke ka koata ha ho ka etsahala hore a bue ntho e ka nkutloisang bohloko. Ke ne ke hloka ho ikemisetsa ho tšoarela. Ke ile ka ithuta hore ha kea lokela ho leka ho mo bontša hore ke ’na ea nepileng empa boikarabelo ba ka e ne e le ho etsa khotso le eena.” Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Mora oa bo rona Gilbert o re: “Hona joale ke na le khotso ea kelello hobane ke se ke e-na le kamano e ntle le litho tsohle tsa lelapa leso.”
18 U lokela ho etsa’ng haeba u hlokomela hore u utloisitse Mokreste-’moho le uena bohloko? Mamela keletso ea Jesu ea hore u etse khotso. Bua le Jehova ka taba ena ’me u itšetlehe ka moea oa hae o halalelang hore o u thuse hore u be motho ea etsang khotso. Haeba u etsa joalo u tla thaba hape u tla be u bontša hore u mamela Jesu.—Mat. 5:9.
ijwis sehlooho sa boraro
Jakobo le Esau
PALE EA BIBELE E TSAMAISANANG LE LITŠOANTŠO
[Ketsahalo ea 1]
[Moqolotsi] KAHA ESAU O ILE A HLAHA PELENYANA HO LEFAHLA LA HAE JAKOBO, NTATE OA BONA O NE A TL’O MO FA TLHOHONOLOFATSO E KHETHEHILENG.
[Moqolotsi] EMPA ESAU HA AA KA A E ANANELA.
[ESAU] HAEBA FEELA U KA MPHA SECHU SEO SE SEFUBELU, U KA NKA TLHOHONOLOFATSO EA KA!
[Ketsahalo ea 2]
[Moqolotsi] HA ESAU A NE A TSAMAILE, NTATE OA JAKOBO, ISAKA, O ILE A HLOHONOLOFATSA JAKOBO.
[Ketsahalo ea 3]
[Moqolotsi] ESAU O ILE A UTLOA HORE JAKOBO O FUMANE TLHOHONOLOFATSO E KHETHEHILENG.
[ESAU] EMPA JOALE ’NA? NTLHOHONOLOFATSE LE ’NA NTATE!
[Ketsahalo ea 4]
[Moqolotsi] ESAU O ILE A ETSA QETO EA HORE O TLA IPHETETSA HO JAKOBO KA SEO A MO ENTSENG SONA
[ESAU (a itjoetsa a re)] KE TL’O BOLAEA JAKOBO, MOR’ESO!
[Ketsahalo ea 5]
[Moqolotsi] JAKOBO O ILE A BALEHA, EMPA A KHUTLELA HAE KA MOR’A LILEMO TSE NGATA . . .
[MOROMUOA] ESAU O TSELENG HO TLA U KHAHLANYETSA, ’ME O TSAMAEA LE BANNA BA 400!
[MOSEBELETSI OA JAKOBO] O TL’O RE BOLAEA KAOFELA!
[MOSEBELETSI E MONG OA JAKOBO] RE TLA ETSA JOANG?
[Moqolotsi] JAKOBO O NE A TŠOHILE.
[Ketsahalo ea 6]
[JAKOBO] OHO JEHOVA, MPHOLOSE LETSOHONG LA ESAU HOBANE KE TŠABA HORE O TLA NTLHASELA HAMMOHO LE LELAPA LA KA!
[Ketsahalo ea 7]
[JAKOBO] PELE KE KOPANA LE ESAU, MO ROMELLENG LIPHOOFOLO TSA KA TSE NGATA E LE MPHO. MOHLOMONG O TLA MPONTŠA MOHAU.
[Ketsahalo ea 8]
[Moqolotsi] HA JAKOBO A LE TSELENG EA HO EA BONA ESAU, O ILE A KOPANA LE LENGELOI. LENGELOI LEO LE ILE LA HLOHONOLOFATSA JAKOBO.
[Moqolotsi] JOALE JAKOBO O NE A TSEBA HORE JEHOVA O TLA MO SIRELETSA . . .
[Ketsahalo ea 9]
[Moqolotsi] HA ESAU A NTSE A ATAMELA, JAKOBO O ILE A INAMA KA MAKHETLO A SUPILENG.
[Ketsahalo ea 10]
[Ketsahalo ea 11]
[Moqolotsi] KAHA HO NE HO FETILE LILEMO TSE NGATA BA SA BONANE, ’ME JAKOBO A BONTŠITSE MOHOLOANE OA HAE MOSA, ESAU HA AA KA A HLOLA A BATLA HO BOLAEA JAKOBO. ESAU O ILE A HAKA JAKOBO, ’ME BA BOPA KHOTSO.
RE ITHUTA ENG HO JAKOBO LE ESAU?
KE HOBANE’NG HA ESAU A NE A HALEFETSE JAKOBO HAKAALE?
LINTLHA TSE THUSANG: GENESE 27:41; LIPROVERBIA 14:30.
HAEBA NGOAN’ENO A KOATILE KAPA A SA BONTŠE MOSA, U LOKELA HO ETSA’NG?
LINTLHA TSE THUSANG: 1 PETROSE 3:8, 9.
KHAOLO EA 8
Ha aa ka a Itumella ho Lekoa
Buka eo u ka e Tšepang—Karolo ea 1
Litlotla le mabitso. Histori e nepahetseng e atisa ho qaqisa meetlo, mekhoa e amohelehang, mabitso le litlotla tsa ba boholong le lintlha tse ling tse joalo. Na boitsebiso bo bukeng ea Genese le ea Exoda, e leng libuka tse peli tse qalang tsa Bibele, bo nepahetse lintlheng tsee? Ha a bua ka tlaleho ea Genese e mabapi le Josefa, mora oa mopatriareka Jakobo, hammoho le buka ea Bibele ea Exoda, J. Garrow Duncan, bukeng ea hae e reng New Light on Hebrew Origins, o re: “[Mongoli oa Bibele] o ne a tseba ka ho feletseng puo ea Egepeta, meetlo ea teng, lintho tseo batho ba teng ba neng ba li lumela, makhotla a teng le mekhoa e neng e amoheleha a bile a tseba le ba boholong.” O phaella ka ho re: “[Mongoli] o sebelisa tlotla e nepahetseng e lumellanang hantle le nako eo a buang ka eona. . . . Ha e le hantle, ha ho letho le pakang ka mokhoa o kholisang hore motho o tseba ka tsela e qaqileng lintho tse neng li etsahala Egepeta eo ho buuoang ka eona ka Testamenteng ea Khale le bileng le pakang botšepehi ba bangoli ba eona, ho feta kamoo lentsoe Faro le neng le sebelisoa kateng ka linako tse sa tšoaneng.” Duncan o boetse o re: “Ha [mongoli] a bua ka batho ba neng ba ea ho Faro, o bontša hore ba ne ba ela hloko mekhoa e amohelehang ka khotla ’me ba sebelisa puo e nepahetseng.”
Bahlanka ba Jehova ba Rata ho Loka
2 Josefa o ne a tseba joang hore Molimo o nka bofebe e le ho etsa ‘bobe bo boholo’? Baiseraele ba ile ba fumana Molao oa Moshe o neng o re “U se ke oa feba” lilemo tse 200 hamorao. (Ex. 20:14) Ho ntse ho le joalo, Josefa o ne a tseba Jehova hantle le hore na o ikutloa joang ha batho ba etsa bofebe. Ka mohlala, Josefa o ne a tseba hore Jehova o thehile lenyalo pakeng tsa monna a le mong le mosali a le mong. Ho ka etsahala hore ebe o ile a utloa kamoo Jehova a ileng a sireletsa nkhono oa hae Sara ka makhetlo a mabeli ha a ne a le kotsing ea hore banna ba bang ba batle ho etsa thobalano le eena. Molimo o ile a sireletsa mosali oa Isaka e leng Rebeka ka tsela e tšoanang. (Gen. 2:24; 12:14-20; 20:2-7; 26:6-11) Ha Josefa a nahana ka maemo ao, o ile a bona hore na ke’ng seo Molimo a se nkang se nepahetse le seo a se nkang se fosahetse. Kaha Josefa o ne a rata Jehova, o ne a boetse a rata le melao ea hae ebile a ikemiselitse ho e mamela.
Molimo le Sesare
4 Mehleng ea pele ho Bokreste, Jehova o ile a lumella bahlanka ba bang ba hae ho ba boemong bo hlaheletseng lipusong tsa Linaha. Ka mohlala, lekholong la bo18 la lilemo B.C.E., Josefa e ile ea e-ba tona-kholo ea Egepeta, e le Faro ea busang feela ea mo phahametseng. (Genese 41:39-43) Liketsahalo tse ileng tsa latela li ile tsa hlakisa hore Jehova o ile a etsa hore sena se etsahale e le hore Josefa a ka sebeletsa e le kofuto mabapi le ho boloka ‘peo ea Abrahama,’ litloholo tsa hae, e le hore merero ea hae e phethahale. Ha e le hantle ke ntho e lokelang ho hopoloa hore Josefa o ile a rekisoa bokhobeng Egepeta, ’me o ile a phela nakong eo ka eona bahlanka ba Molimo ba neng ba se na Molao oa Moshe kapa “molao oa Kreste.”—Genese 15:5-7; 50:19-21; Bagalata 6:2.
Batho ba Holileng—Ke Khothatso ho ba Bacha
10 Batho ba holileng ba ka boetse ba ba le tšusumetso e molemo ho balumeli-’moho le bona. Botsofaling ba hae, Josefa, e leng mora oa Jakobo, o ile a etsa ketso e bonolo ea tumelo ’me e ile ea ama ka matla barapeli ba ’nete ba limilione ba phetseng ka mor’a hae. O ne a e-na le lilemo tse 110 ha “a fana ka taelo malebana le masapo a hae,” hore mohla Baiseraele ba tlohang Egepeta, ba lokela ho nka masapo a hae, ba tsamaee le ’ona. (Baheberu 11:22; Genese 50:25) Lilemong tse telele tsa bokhoba bo sehloho bo ileng ba latela ka mor’a lefu la Josefa, taelo ena e ile ea fana ka tšepo e tiileng ea hore Baiseraele ba ne ba tla lokolloa.
11 Moshe ke e mong oa ba ileng ba matlafatsoa ke polelo eo ea Josefa ea tumelo. Ha Moshe a e-na le lilemo tse 80, o ile a fuoa tokelo ea ho nka masapo a Josefa ha a tloha naheng ea Egepeta. (Exoda 13:19) Neng-neng hona nakong eo, o ile a tseba Joshua, ea neng a le monyenyane haholo ho eena. Lilemong tse latelang tse 40, Joshua o ile a sebetsa e le mohlanka oa Moshe. (Numere 11:28) O ile a tsamaea le Moshe ha a nyolohela Thabeng ea Sinai, ’me o ne a le teng hore a mo khahlametse ha a theoha thabeng a nkile matlapa a Bopaki. (Exoda 24:12-18; 32:15-17) E tlameha ebe Moshe ea holileng e ne e le mohloli o motle hakaakang oa keletso e butsoitseng le bohlale ho Joshua!
SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 3
Jehova oa u Thusa ha u E-na le Mathata
“Jehova o ne a e-na le Josefa . . . , a atlehisa lintho tsohle tseo a li etsang.”—GEN. 39:2, 3.
SEO RE TL’O ITHUTA SONA
Ha re e-na le mathata, re ka ’na ra nahana hore Jehova ha a re thuse. Re ka ’na ra nahana hore ha mathata a rona a fela, ke hona ha Jehova a re thusa. Leha ho le joalo, lintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba Josefa li re ruta hore Jehova a ka re thusa ha re e-na le mathata. Sehlooho sena se tla hlalosa hore na Jehova o re thusa joang.
RONA bahlanka ba Jehova ha re makale ha re hlaheloa ke mathata. Rea tseba hore Bibele e re: “Re tla hlaheloa ke mathata a mangata pele re kena ’Musong oa Molimo.” (Lik. 14:22) Hape rea tseba hore mathata a mang a rona a ke ke a fela hona joale empa a tla fela ha re se re phela lefatšeng le lecha la Molimo. Lefatšeng leo, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšen. 21:4.
2 Jehova ha a etse hore re se ke ra hlaheloa ke mathata empa o re thusa hore re a mamelle. Hlokomela hore na moapostola Pauluse o ile a re’ng ho Bakreste ba neng ba lula Roma. O ile a qala ka ho bua ka mathata ao eena le bara babo ba ileng ba e-ba le ’ona, o ile a boela a re: “Re hlaha re hlotse ka lebaka la ea ileng a re rata.” (Bar. 8:35-37) Taba ena e bolela hore Jehova a ka u thusa leha u ntse u e-na le mathata. A re boneng hore na Jehova o ile a thusa Josefa joang le hore na uena a ka u thusa joang.
HA LINTHO LI FETOHA KA HO PANYA HA LEIHLO
3 Jakobo o ne a bontša hore o rata mora oa hae Josefa haholo. (Gen. 37:3, 4) Ka lebaka leo, bara ba Jakobo ba baholo ba ile ba e-ba mona. Ha ba fumana monyetla, ba ile ba rekisa Josefa ho bo-rakhoebo ba Bamidiane. Bo-rakhoebo bao ba ile ba isa Josefa hole Egepeta, moo a ileng a rekisoa hape ho molaoli oa balebeli ba Faro e leng Potifaro. Josefa e ne e le thatohatsi ea ntate oa hae empa bophelo ba hae bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo ha e e-ba lekhoba Egepeta.—Gen. 39:1.
4 Bibele e re “lintho tse mpe li etsahalla batho bohle.” (Moek. 9:11, Holy Bible—Easy-to-Read Version) Ka linako tse ling, re hlaheloa ke mathata a ‘hlahelang batho ba bang.’ (1 Bakor. 10:13) Athe ka linako tse ling re hlaheloa ke mathata hobane feela re le barutuoa ba Jesu. Ka mohlala, re ka songoa, ra hanyetsoa kapa ra hlorisoa ka lebaka la tumelo ea rona. (2 Tim. 3:12) Jehova a ka u thusa ho sa tsotellehe mathata ao u ka bang le ’ona. O ile a thusa Josefa joang?
5 Bala Genese 39:2-6. Potifaro o ile a hlokomela hore Josefa o ne a le bohlale a bile a sebetsa ka thata. O ne a boetse a tseba hore “Jehova o ne a atlehisa lintho tsohle tseo [Josefa] a li etsang.” Ka mor’a nako e itseng, Potifaro o ile a etsa Josefa mohlokomeli oa hae. Hape o ile a etsa hore Josefa e be eena ea laolang ntlo ea hae. Seo se ile sa etsa hore Potifaro a atlehe.
6 Nahana feela hore na Josefa o ne a ikutloa joang. Ke eng eo a neng a e batla ka ho fetisisa? Na o ne a batla hore Potifaro a mo bone le hore a mo putse ka tsela e itseng? Ho ka etsahala hore ebe ntho eo Josefa a neng a e batla ka ho fetisisa e ne e le hore a lokolloe e le hore a khutlele ho ntate oa hae. Le hoja Josefa a ne a e-na le maemo ntlong ea Potifaro, e ne e ntse e le lekhoba la motho ea sa sebeletseng Jehova. Jehova ha aa ka a etsa hore Potifaro a lokolle Josefa. Hape Josefa o ne a ntse a tl’o ba le mathata a mangata.
HA BOEMO BO MPEFALA
7 Lengolo la Genese khaolo ea 39 le bontša hore mosali oa Potifaro o ne a rata Josefa ’me o ile a leka ho robala le eena ka makhetlo. Makhetlong ao kaofela, Josefa o ile a hana ho robala le eena. Mosali eo o ile a halefela Josefa haholo eaba o mo qosa ka hore o ne a leka ho mo beta. (Bala Genese 39:14, 15.) Ha Potifaro a utloa sena, o ile a isa Josefa teronkong ’me a lula moo lilemo tse ’maloa. (Gen. 39:19, 20) Ho ne ho le joang teronkong? Lentsoe la Seheberu leo Josefa a le sebelisitseng le fetoletsoeng e le ‘teronko’ le ka bolela ‘sekoti,’ ho bolelang hore o ne a le sebakeng se lefifi ebile a utloa a se na tšepo. (Gen. 40:15; nal.) Hape Bibele e re ho na le nako eo Josefa a ileng a tlangoa maoto ka liketane le molala oa hae oa tlangoa ka litšepe. (Pes. 105:17, 18) Boemo boo Josefa a neng a le ho bona bo ile ba mpefala. Qalong e ne e le lekhoba le tšeptjoang empa hona joale e se e le motšoaruoa.
8 Na u kile oa ba boemong bo ileng ba mpefala le hoja u ne u ntse u rapela? U ka iphumana u le boemong bo joalo. Jehova ha a thibele hore re se ke ra hlaheloa ke mathata lefatšeng lena le busoang ke Satane. (1 Joh. 5:19) Leha ho le joalo, u ka kholiseha hore Jehova o bona mathata a u hlahelang ebile oa u tsotella. (Mat. 10:29-31; 1 Pet. 5:6, 7) Oa tšepisa hore ‘ho hang a ke ke a u tlohela kapa a u furalla.’ (Baheb. 13:5) Jehova a ka u thusa hore u mamelle le hoja boemo boo u leng ho bona bo bonahala eka bo ke ke ba loka. A re boneng hore na o ile a thusa Josefa joang ha a ne a le boemong bo joalo.
9 Bala Genese 39:21-23. Jehova o ile a etsa hore Josefa a atlehe le hoja a ne a le maemong a boima teronkong. O ile a mo atlehisa joang? Ha nako e ntse e e-ea, molaoli ea ka sehloohong o ile a tšepa Josefa a ba a mo hlompha joalokaha Potifaro a ile a etsa. Ka mor’a nako e itseng, molaoli ea ka sehloohong o ile a etsa hore Josefa e be mookameli oa batšoaruoa ba bang. Ha e le hantle, Bibele e re “molaoli ea ka sehloohong oa teronko o ne a sa tšoenyehe ka letho le neng le le taolong ea Josefa.” Josefa o ne a se a e-na le mosebetsi oo a ka o etsang. Lintho li ile tsa fetoha a sa lebella. Motšoaruoa ea neng a qosoa ka ho beta mosali oa molaoli oa lekhotla o ne a ka fuoa boemo boo joang? Re fumana karabo ho Genese khaolo ea 39 temana ea 23 e reng: “Jehova o ne a e-na le Josefa ’me Jehova a atlehisa lintho tsohle tseo a li etsang.”
10 Nahana kamoo Josefa a neng a ikutloa kateng. Na u nahana hore o ile a ikutloa a atlehile linthong tsohle ka mor’a hore a qosoe a be a kenngoe teronkong? Ke eng ntho eo Josefa a neng a e batla ka ho fetisisa? Na e ne e le hore a ratoe ke molaoli ea ka sehloohong oa teronko? Ho ka etsahala hore ntho eo Josefa a neng a e batla ka ho fetisisa e ne e le hore a lokolloe. O ile a ba a kopa motšoaruoa e mong ea neng a le haufi le ho lokolloa hore a mo buelle ho Faro e le hore a ka lokolloa teronkong eo e nyahamisang. (Gen. 40:14) Leha ho le joalo, motšoaruoa eo ha aa ka a bua le Faro hang-hang. Ka lebaka leo, Josefa o ile a lula teronkong lilemo tse ling tse peli. (Gen. 40:23; 41:1, 14) Empa Jehova o ile a ’na a etsa hore a atlehe. O ile a etsa seo joang?
11 Ha Josefa a ntse a le teronkong, Jehova o ile a etsa hore morena oa Egepeta a lore litoro tse peli tse mo tšoenyang. Faro o ne a batla ho tseba hore na li bolela’ng. Ha morena a utloa hore Josefa o khona ho hlalosa litoro, o ile a re a bitsoe. Jehova o ile a thusa Josefa ho hlalosa litoro tseo ’me Faro o ile a thabela keletso eo a ileng a mo fa eona. Faro o ile a bona hore Jehova o thusa Josefa ’me o ile a mo khetha hore e be eena ea laolang tsela eo lijo li tla fanoa ka eona naheng eohle ea Egepeta. (Gen. 41:38, 41-44) Hamorao ho ile ha e-ba le tlala e kholo naheng ea Egepeta le ea Kanana e leng moo lelapa la bo Josefa le neng le lula teng. Josefa o ne a tla thusa lelapa labo hore le fumane lijo ’me sena se ne se tla thusa hore ho bolokoe leloko leo Mesia a neng a tla hlaha ho lona le phela.
12 Ak’u nahane ka lintho tsena tse sa tloaelehang tse ileng tsa etsahala bophelong ba Josefa. Ke mang ea ileng a etsa hore Potifaro a hlokomele bokhoni ba Josefa eo e neng e le lekhoba feela tjee? Ke mang ea ileng a etsa hore molaoli ea ka sehloohong oa teronko a rate Josefa eo e neng e le motšoaruoa? Ke mang ea ileng a etsa hore Faro a lore litoro tse mo tšoenyang le ea ileng a fa Josefa bokhoni ba hore a li hlalose? Ke mang ea ileng a susumetsa Faro hore a khethe Josefa hore e be eena ea tla laola tsela eo lijo li tla fanoa ka eona Egepeta? (Gen. 45:5) Ho hlakile hore ke Jehova ea neng a etsa hore Josefa a atlehe linthong tsohle. Le hoja bara ba bo Josefa ba ne ba batla ho mo bolaea, Jehova o ile a fetola boemo boo e le hore a ka phethahatsa morero oa hae.
JEHOVA O U THUSA JOANG?
13 Re ithuta’ng paleng ea Josefa? Na Jehova o laola lintho tsohle tse re hlahelang? Na o etsa hore re hlaheloe ke lintho tse mpe e le hore qetellong li re tsoele molemo? Che, ha se seo Bibele e se rutang. (Moek. 8:9; 9:11) Empa ntho eo re e tsebang ke hore Jehova oa bona ha re hlaheloa ke mathata ebile oa utloa ha re kopa thuso. (Pes. 34:15; 55:22; Esa. 59:1) Hape Jehova a ka re thusa hore re mamelle ha re e-na le mathata. A ka re thusa joang?
14 Tsela e ’ngoe eo Jehova a re thusang ka eona ke ka ho re tšelisa le ho re khothatsa ka nako e nepahetseng. (2 Bakor. 1:3, 4) Mor’abo rona Eziz ea lulang Turkmenistan, ea neng a koalletsoe teronkong ka lilemo tse peli ka lebaka la tumelo ea hae, o ile a bona ha sena se etsahala. O re: “Hoseng pele ho nyeoe ea ka, mor’abo rona e mong o ile a mpontša lengolo la Esaia 30:15 le reng: ‘Haeba le khoba matšoafo ’me le ntšepa le tla ba matla.’ Temana ena e ile ea nthusa hore ke lule ke khobile matšoafo ’me ke tšepe Jehova linthong tsohle. Ho nahanisisa ka temana ena ho ile ha nthusa nakong eo ke neng ke le teronkong.” Na u ntse u hopola nako eo Jehova a ileng a u thusa ka ho u tšelisa le ho u khothatsa ka nako e nepahetseng?
15 Hangata re bona tsela eo Jehova a re thusitseng ka eona ha mathata a rona a se a fetile. Morali oa bo rona Tori o ile a bona hore taba ena ke ’nete. Mora oa hae Mason o ile a tšoaroa ke kankere ka lilemo tse tšeletseng ho fihlela a hlokahala. Morali oa bo rona Tori o ne a utloile bohloko haholo. O re: “Ha ke lumele hore ho na le bohloko bo fetang bona boo nkileng ka bo utloa. Kea kholoa batsoali ba bang ba ka lumellana le ’na hore ha ho na bohloko bo otlang pelo ho feta ho bona ngoana oa hao a utloa bohloko.”
16 Le hoja Morali oa bo rona Tori a ne a utloile bohloko ha ngoana oa hae a ntse a kula, hamorao o ile a nahana ka litsela tseo Jehova a mo thusitseng ka tsona hore a mamelle. O re: “Ha ke nahana ka nako eo, ke bona kamoo Jehova a neng a ntšehelitse kateng ha mora oa ka a ne a kula. Ka mohlala, le hoja Mason a ne a kula haholo hoo a neng a sa khone ho bona baeti, Bakreste-’moho le rona ba ne ba tsamaea lihora tse peli kaofela ho tla sepetlele. Ho ne ho lula ho e-na le motho ea tlileng sepetlele ho tla re tšehetsa. Bakreste-’moho le rona ba ne ba boetse ba re thusa ka lintho tseo re li hlokang. Re ne re lula re e-na le lintho tseo re li hlokang esita le maemong a thata.” Jehova o file Morali oa bo rona Tori le Mason lintho tsohle tseo ba li hlokang e le hore ba mamelle.—Sheba lebokose le reng “Jehova o lle a re fa Lintho Tseo re li Hlokang.”
LULA U HOPOLA TSELA EO JEHOVA A U THUSITSENG KA EONA
17 Bala Pesaleme ea 40:5. Ntho eo motho ea hloang thaba a e batlang ke ho ipona a le ka holimo. Leha ho le joalo, ho na le libaka tse ngata tseo a ka emang ho tsona ha a ntse a hloa thaba ’me a thabela lintho tse ntle tseo a li bonang. Ka tsela e tšoanang, iphe nako ea ho nahana kamoo Jehova a u thusang kateng hore u atlehe le hoja u mamelletse bothata bo itseng. Qetellong ea letsatsi le leng le le leng ipotse: ‘Jehova o nthusitse joang kajeno? Le hoja bothata boo bo ntse bo le teng, Jehova o nthusa joang hore ke mamelle?’ Leka ho fumana ntho e le ’ngoe eo Jehova a e entseng ho u thusa hore u mamelle.
18 E ka ’na eaba u ntse u rapella hore bothata boo u nang le bona bo fete. Ha se phoso ho etsa joalo. (Bafil. 4:6) Leha ho le joalo, re lokela ho ela hloko tsela eo Jehova a re thusang ka eona hona joale. Jehova o re tšepisa hore o tla re matlafatsa le ho re thusa hore re mamelle. Kahoo, lula u ananela hore ebe Jehova oa u tšehetsa. Ha u etsa joalo, u tla bona kamoo Jehova a u thusang kateng joalokaha a ile a thusa Josefa ha a ne a e-na le mathata.—Gen. 41:51, 52.
[Lebokose le leqepheng la 18]
“Jehova o Ile a re fa Lintho Tseo re li Hlokang”
Ha Mason a le lilemo li supileng, o ile a tšoaroa ke kankere ’me e ile ea mo tšoara ka lilemo tse tšeletseng. Mason o ne a tsoa a kena sepetlele ka lebaka la bokuli ba hae. Bara le barali ba bo rona ba phuthehong ea hae ba ile ba hlokomela ntho e ’ngoe ka eena. Kamehla ha Mason a lokolloa sepetlele, o ne a ea tšimong hang-hang. Mason o ne a rata ho ea tšimong ’me o ne a sebetsa ho fihlela moo matla a hae a fellang teng.
Ha Mason a hlokahala, batho ba fetang 700 ba ile ba tla lepatong la hae, ho akareletsa le bana bao a neng a kena sekolo le bona le matichere a hae. E mong oa matichere a hae ea ileng a mo chakela pele a hlokahala, o ile a re o batla hore bana ba hae ba be le tumelo e tšoanang le ea Mason. O ile a boela a re o ne a e-s’o ka a eteloa ke Lipaki Tsa Jehova lilemong tse hlano tseo a li qetileng a lula sebakeng seo. Letsatsi le latelang Lipaki li ile tsa mo etela. O ile a lumela ho ea libokeng.
Morali oa bo rona Tori e leng ’mè oa Mason o re: “Jehova ha aa ka a folisa mora oa ka Mason ka mohlolo ’me seo se ne se etsa hore ho be thata hore ke bone kamoo Jehova a re thusang kateng. Empa Jehova o ne a ntse a re thusa, o ile a re fa lintho tseo re li hlokang ka nako e nepahetseng.”
KHAOLO EA 9
‘Ba Bontšitse Tumelo ka Hore ba mo Pate’
Moshe—Na ke Motho oa Sebele Kapa oa Tšomong?
Kajeno litsebi tse ngata li qhela liketsahalo tsena e le tšomo. Christianity Today e re: “Taba ke hore ha ho moneketsela le o mong oa bopaki bo tobileng ba lintho tse epolotsoeng ba hore bana ba Iseraele ba kile ba jaka [ka lilemo] Egepeta.” Le hoja ho ka ’na ha se be le bopaki bo tobileng bo bonahalang, ho na le bopaki bo bongata bo sa tobang ba hore tlaleho ea Bibele eka tšeptjoa. Bukeng ea hae ea Israel in Egypt, Setsebi sa lintho tsa boholo-holo tsa Egepeta, James K. Hoffmeier o re: “Boitsebiso ba lintho tsa khale tse epolotsoeng bo bontša hore Egepeta e ne e atisa ho eteloa ke batho ba Levant [linaha tse moeling ka bochabela ho Mediterranean], haholo-holo ka lebaka la mathata a boemo ba leholimo bo ileng ba qetella bo bakile komello . . . Ka hona, hoo e ka bang ka 1800 ho ea ho 1540 B.C., Egepeta e ne e le sebaka se ratehang seo ho ka falleloang ho sona ke batho ba buang lipuo tsa Sesema ba Asia ka bophirimela.”
Ho feta moo, ke khale ho ne ho lumeloe hore tlhaloso ea Bibele ea bokhoba Egepeta e nepahetse. Buka ea Moses—A Life, ea tlaleha: “Tlaleho ea Bibele ea ho tujoa ha Baiseraele ho bonahala e tiisoa ke setšoantšo se takiloeng lebitleng la Egepeta ea boholo-holo se hlahisoang hangata, seo ho sona sehlopha sa makhoba se bontšoang ka ho hlaka se etsa litene tsa mobu.”
Moshe—Na ke Motho oa Sebele Kapa oa Tšomong?
Tlhaloso ea Bibele ea areka e nyenyane eo Jokebede a ileng a e sebelisa le eona e utloahala e le ’nete. Bibele e re e ne e entsoe ka loli, eo ho latela Cook’s Commentary, “e neng e tloaetse ho sebelisoa ke Baegepeta bakeng sa liketsoana tse bobebe le tse lebelo.”
Leha ho le joalo, na ho bonolo ho lumela hore moeta-pele oa sechaba o ne a ka laela hore masea a bolaoe ka sehloho? Setsebi George Rawlinson oa re hopotsa: “Polao ea masea . . . e ’nile ea ata haholo linakong tse fapaneng le libakeng tse sa tšoaneng, ’me e ’nile ea nkoa e le tabanyana feela e sa reng letho.” Ka sebele, ha ho hlokahale hore motho a ee hole hore a fumane mehlala e tšosang ea ho bolaoa ha batho ka bongata mehleng ena. Tlaleho ea Bibele e ka ’na ea e-ba e tšoenyang maikutlo, empa ke e ka tšeptjoang.
Basali ba Ileng ba Thabisa Pelo ea Jehova
3 Linyeoeng tsa Nuremberg, tse ileng tsa tšoareloa Jeremane ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ba bangata ba ileng ba ahloloa ka lebaka la ho bolaea batho ba bangata ba ile ba leka ho lokafatsa litlolo tseo ba li entseng ka ho bolela hore ba ne ba mpa ba mamela litaelo. Joale, bapisa batho bana le babelehisi ba babeli ba Baiseraele, e leng Shifra le Pua, ba neng ba lula Egepeta ea boholo-holo nakong ea puso ea Faro oa mohatelli ea sa boleloang ka lebitso. Kaha Faro o ne a tšaba hore sechaba sa Baheberu se tla ata, o ile a laela babelehisi bao ba babeli hore ba etse bonnete ba hore ngoana e mong le e mong e motona ea hlahang oa Moheberu oa bolaoa. Basali bao ba ile ba etsa joang ha ba fuoa taelo eo e sehloho? “Ha baa ka ba etsa kamoo morena oa Egepeta a neng a ba boleletse kateng, empa ba ne ba boloka bana ba batona ba phela.” Ke hobane’ng ha basali baa ba sa ka ba inehella ho tšaba batho? Hobane “ba ne ba tšaba Molimo oa ’nete.”—Exoda 1:15, 17; Genese 9:6.
4 E, babelehisi bao ba ile ba etsa Jehova setšabelo sa bona, ’me eena ea e-ba “thebe” ea bona, a ba sireletsa bohaleng ba Faro. (2 Samuele 22:31; Exoda 1:18-20) Empa tlhohonolofatso ea Jehova ha ea ka ea fella moo. O ile a putsa Shifra le Pua ka hore ba be le malapa. O bile a tlotla basali bana ka hore mabitso a bona le liketso tsa bona li tlalehoe Lentsoeng la hae le bululetsoeng hore meloko e tlang e tle e li bale, empa ha e le lebitso la Faro, ha le sa hopoloa.—Exoda 1:21; 1 Samuele 2:30b; Liproverbia 10:7.
it “’Melehisi”
’Melehisi
Lentsoe la Seheberu ya·ladhʹ (ho pepa; ho beleha) le fetoletsoeng e le “’melehisi,” ke leetsi le hlalosang mosebetsi o neng o etsoa ke basali, oa ho thusa mosali ea pepang kapa ea belehang. (Sheba BIRTH.) ’Melehisi o ne a thusa mosali oa moimana nakong eo a belehang. Hang ha lesea le qeta ho hlaha, o ne a khaola lelana la mokhubu le ho hlatsoa lesea leo. Nakong eo, o ne a hlatsoa lesea ka letsoai le ho le phuthela ka masela.—Eze 16:4.
’Melehisi e ne e ka ba ’mè ea holileng, motsoalle kapa beng ka motho ea belehang. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore babelehisi ba be le boiphihlelo le tsebo e khethehileng, haholo-holo ha moimana a thatafalloa ke ho beleha. Ka lebaka leo, ho ne ho e-na le basali ba ’maloa ba neng ba ithutela hore ebe babelehisi. Nakong eo Benjamine a neng a hlaha, “[Ragele] a thatafalloa ke ho beleha.” ’Melehisi o ile a kholisa Ragele hore mora oa hae o ne a tla hlaha le hoja Ragele eena a ile a shoa. (Ge 35:16-19) Nakong eo Tamare a neng a beleha mafahla a hae e leng Pereze le Zera, ’melehisi o ile a khona ho tšoaea lefahla leo a neng a lebeletse hore le tla hlaha pele. Ka potlako o ile a tlama letsoho le neng le hlahile la Zera ka khoele e khubelu. Leha ho le joalo, letsoho leo le ile la khutlela ka hare eaba Pereze o hlaha pele. Sena se ile sa lematsa ’mè oa bona hampe.—Ge 38:27-30.
Nakong eo Baiseraele ba neng ba le bokhobeng Egepeta, babelehisi ba Baiseraele ba ile ba e-ba boemong bo thata le bo kotsi. Faro o ile a khetha Shifra le Pua ’me a ba laela hore ba bolaee bana ba bashanyana ba Baheberu hang ha ba qeta ho hlaha. Ho ka etsahala hore ebe basali bao ba ne ba okametse babelehisi ba bang ba bile ba e-na le boikarabelo ba ho fetisa litaelo tsa Morena ho basebetsi-’moho le bona. Leha ho le joalo, “babelehisi ba ne ba tšaba Molimo oa ’nete ’me ha baa ka ba etsa kamoo morena oa Egepeta a neng a ba boleletse kateng. Ho e-na le hoo, ba ne ba tlohela bana ba bashanyana hore ba phele.” Ka mor’a nako, Faro o ile a bitsa babelehisi ’me a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tloheletse bana ba bashanyana hore ba phele?” Babelehisi ba ile ba ipuella ka hore taba eo e ka holimo ho matla a bona hobane basali ba Baheberu “ba phetse hantle ’me ba beleha le pele ’melehisi a ka tla ho bona.” (Ex 1:15-19) Kaha babelehisi ba ne ba tšaba Jehova ebile ba hanne ho bolaea bana, o ile a ba putsa le ho ba hlohonolofatsa ka ho ba fa malapa.—Ex 1:20, 21.
“Binelang Jehova”!
Miriame o ne a se a le ka holimo ho lilemo tse 80 ha Moshe a khutla a ronngoe ke Molimo hore a tl’o lokolla batho ba hae. Arone e ne e le ’muelli oa Moshe ’me bara bana ba babeli ba bo Miriame ba ile ba ea ho Faro ba mo kopa hore a lokolle batho ba Molimo. Miriame o tlameha a ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho tšehetsa le ho khothatsa bana babo ka mor’a hore Faro a hane ho ba mamela ka makhetlo a latellanang ha ba ne ba ronngoe ke Jehova hore ba lemose Baegepeta ka likotlo tse leshome. Qetellong kotlo ea ho qetela e leng ea ho bolaoa ha bara bohle ba matsibolo a Baegepeta e ile ea fihla ’me Baiseraele ba ile ba lokolloa Egepeta. U se u ka inahanela feela hore na Miriame o ne a thusa batho ba habo ka mafolofolo hakae hore ba tsamaee ha ba ntse ba etelloa pele ke Moshe.—Exoda 4:14-16, 27-31; 7:1–12:51.
Hamorao ha ba lelekisoa ke lebotho la Baegepeta Leoatleng le Lefubelu, Miriame o ile a bona ha Moshe ngoan’abo, a otlollela lere la hae holim’a leoatle ’me leoatle le aroha ka lehare. Ha Moshe a etella sechaba pele ’me se tsamaea moo ho ommeng, tumelo ea Miriame ho Jehova e tlameha e ile ea e-ba matla le ho feta. O ne a sebeletsa Molimo ea neng a ke ke a hloloa ke letho le ea phethahatsang litšepiso tsohle tsa hae.—Exoda 14:1-31.
Hamorao ha ba se ba tšeletse ka nģ’ane ho leoatle ba sireletsehile le batho ba habo ’me metsi a leoatle a koahela Faro le lebotho la hae, Miriame o ile a bona hore Jehova o matla ho feta lebotho le matla ka ho fetisisa lefatšeng. Batho ba ile ba susumelletseha ho binela Jehova pina. Kahoo Miriame o ile a etella basali pele ho bina mantsoe ana: “Binelang Jehova kaha o phahame haholo. O lahletse pere le mopalami oa eona ka leoatleng.”—Exoda 15:20, 21; Pesaleme ea 136:15.
Ena e ne e le nako e monate ka ho fetisisa bophelong ba Miriame eo a ke keng a e lebala. Paleng ena, Bibele e bitsa Miriame moprofeta. Miriame ke mosali oa pele oa ho bitsoa moprofeta ka Bibeleng. Miriame ke e mong oa basali ba fokolang ka palo ba sebelelitseng Jehova ka tsela ena e khethehileng.—Baahloli 4:4; 2 Marena 22:14; Esaia 8:3; Luka 2:36.
Bibele e re hopotsa hore Jehova o ntse a re shebile ’me o ikemiselitse ho hlohonolofatsa boiteko ba rona, mamello ea rona le takatso ea rona ea ho batla ho mo rorisa. Ebang re baholo kapa re banyane, re banna kapa re basali, re ka bontša hore re na le tumelo ho Jehova. Tumelo e joalo ea mo thabisa, ha a e lebale ’me o thabela ho e putsa. (Baheberu 6:10; 11:6) Lena ke lebaka le utloahalang la ho etsisa tumelo ea Miriame.
Basali ba Ileng ba Thabisa Pelo ea Jehova
3 Linyeoeng tsa Nuremberg, tse ileng tsa tšoareloa Jeremane ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ba bangata ba ileng ba ahloloa ka lebaka la ho bolaea batho ba bangata ba ile ba leka ho lokafatsa litlolo tseo ba li entseng ka ho bolela hore ba ne ba mpa ba mamela litaelo. Joale, bapisa batho bana le babelehisi ba babeli ba Baiseraele, e leng Shifra le Pua, ba neng ba lula Egepeta ea boholo-holo nakong ea puso ea Faro oa mohatelli ea sa boleloang ka lebitso. Kaha Faro o ne a tšaba hore sechaba sa Baheberu se tla ata, o ile a laela babelehisi bao ba babeli hore ba etse bonnete ba hore ngoana e mong le e mong e motona ea hlahang oa Moheberu oa bolaoa. Basali bao ba ile ba etsa joang ha ba fuoa taelo eo e sehloho? “Ha baa ka ba etsa kamoo morena oa Egepeta a neng a ba boleletse kateng, empa ba ne ba boloka bana ba batona ba phela.” Ke hobane’ng ha basali baa ba sa ka ba inehella ho tšaba batho? Hobane “ba ne ba tšaba Molimo oa ’nete.”—Exoda 1:15, 17; Genese 9:6.
4 E, babelehisi bao ba ile ba etsa Jehova setšabelo sa bona, ’me eena ea e-ba “thebe” ea bona, a ba sireletsa bohaleng ba Faro. (2 Samuele 22:31; Exoda 1:18-20) Empa tlhohonolofatso ea Jehova ha ea ka ea fella moo. O ile a putsa Shifra le Pua ka hore ba be le malapa. O bile a tlotla basali bana ka hore mabitso a bona le liketso tsa bona li tlalehoe Lentsoeng la hae le bululetsoeng hore meloko e tlang e tle e li bale, empa ha e le lebitso la Faro, ha le sa hopoloa.—Exoda 1:21; 1 Samuele 2:30b; Liproverbia 10:7.
5 Na kajeno ho na le basali ba kang Shifra le Pua? E, ka sebele! Selemo le selemo, basali ba joalo ba likete ba bolela molaetsa oa Bibele o pholosang bophelo ba sa tšabe linaheng tseo ho tsona “taelo ea morena” e ba thibelang ho etsa joalo, ’me ka ho etsa joalo ba beha tokoloho ea bona esita le bophelo ba bona kotsing. (Baheberu 11:23; Liketso 5:28, 29) Kaha ba susumetsoa ke ho rata Molimo le moahelani, basali ba joalo ba sebete ha ba lumelle mang kapa mang ho ba thibela ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka lebaka leo, basali ba bangata ba Bakreste ba tobana le khanyetso le mahloriso. (Mareka 12:30, 31; 13:9-13) Joaloka tabeng ea Shifra le Pua, Jehova o hlokomela ka ho feletseng liketso tsa basali ba joalo ba khabane, ba sebete, ’me o tla bontša lerato la hae ho bona ka ho boloka mabitso a bona “bukeng [ea hae] ea bophelo” hafeela ba mamella ka botšepehi ho isa bofelong.—Bafilipi 4:3; Matheu 24:13.
KHAOLO EA 10
O Ile a Etsa Qeto e Nepahetseng
Re u Lome Tsebe?
Ho na le bopaki bofe ntle le bo ka Bibeleng bo pakang hore Baiseraele e ne e le makhoba Egepeta?
Bibele e bontša hore ka mor’a hore Bamidiane ba ise Josefa Egepeta, Jakobo le lepala la hae ba ile ba tloha Kanana ba ea Egepeta. Ba ile ba lula sebakeng sa Goshene e pel’a moo Noka ea Nile e kopanang le leoatle. (Gen. 47:1, 6) Baiseraele ba ile ba ’na ba e-ba bangata ’me ba ba matla haholo. Kahoo, Baegepeta ba ile ba tšaba Baiseraele eaba ba ba etsa makhoba.—Ex. 1:7-14.
Bahanyetsi ba bang ba Bibele ba mehleng ena ba belaella tlaleho ena ea Bibele, ba re ke pale e feteletsoang ha e phetoa. Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo totobetseng ba hore batho ba Asia e ka boroa bophirimela e ne e le makhoba Egepeta.
Ka mohlala, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane mesaletsa ea marako a boholo-holo Egepeta leboea. Moprofesa e mong ea bitsoang John Bimson o re ho na le bopaki ba hore ho na le marako a ka bang 20 kapa ho feta a batho ba tsoang Asia e ka boroa bophirimela Egepeta leboea. Ho ekeletsa moo, James K. Hoffmeier ea tsebang haholo ka lintho tsa khale tsa Egepeta o re: “Hoo e ka bang ka selemo sa 1800 ho ea ho sa 1540, Egepeta e ne e le sebaka se bohehang ho batho bana ba lulang Asia e ka boroa bophirimela hoo ba neng ba batla ho fallela teng. Nako ena e tšoana hantle le ea bapatriareka ’me e boetse e lumellana hantle le liketsahalo tseo re balang ka tsona ho Genese.”
Ho na le bopaki bo bong hape boo re bo fumanang bo hlahang ka boroa ho Egepeta. Leqephe le entsoeng ka loli le ngotsoeng hoo e ka bang ka selemo sa 2000 ho ea ho sa 1600 pele ho mehla e tloaelehileng, le na le mabitso a batho ba neng ba sebetsa e le makhoba malapeng a Baegepeta a neng a lula ka boroa. Mabitso a ka holimo ho a 40 a hlahang moo ke a batho ba tsoang ka boroa bophirimela ho Asia. Makhoba ana, e ne e le baapehi, ba lohang le bahlanka. Hoffmeier o re: “Kaha ntlong e le ’ngoe ho ne ho sebetsa basebetsi ba ka holimo ho 40 ba tsoang ka boroa bophirimela ho Asia, ho ka etsahala hore ebe batho bao ba ne ba le bangata, haholo-holo moo noka ea Nile e kopanang le leoatle teng.”
Moepolli e mong oa lintho tsa khale e leng David Rohl o bontša hore ha u ntse u bala ka mabitso ao, u tla utloa eka ke mabitso a batho ba hlahang ka Bibeleng. Ka mohlala, likhetšoana tsa maqephe ao li na le mabitso a batho ba hlahang ka Bibeleng a kang a Isakare, Ashere le Shifra. (Ex. 1:3, 4, 15) Rohl o qetella ka ho re: “Bona ke bopaki bo totobetseng bo bontšang hore Baiseraele e kile ea e-ba makhoba Egepeta.”
Moprofesa Bimson o re: “Litlaleho tsa Bibele tse buang ka bokhoba ba Baegepeta le ka ho falla ha Baiseraele ke bopaki bo totobetseng ba Histori.”
[Naletsana]
Batho bao ba tsoa ho Sema e leng e mong oa bara ba bararo ba Noe. Ho ka etsahala hore ebe litloholo tsa Sema li ne li akareletsa Baelame, Baassyria, Bakalde ba boholo-holo, Baheberu, Basyria le meloko e fapa-fapaneng ea Maarame.
Ho Hong ho Hoholoanyane ho Feta Matlotlo a Egepeta
Jokebede o ile a “nka ngoana ’me a mo anyesa. Ngoana a hola. Joale a mo tlisa ho morali oa Faro, hore e be mora oa hae.” (Exoda 2:9, 10) Bibele ha e bolele hore na Moshe o lutse nako e kae le batsoali ba hae ba tlhaho. Ba bang ba nahana hore mohlomong o lutse le bona ho fihlela a khoesoa—lilemo tse peli kapa tse tharo—empa ho ka etsahala hore ebe o lutse le bona nako e teletsana ho feta moo. Exoda e re o ile “a hola” a le ho batsoali ba hae, ho bolelang hore ho fihlela a le lilemong leha e le life. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Amrame le Jokebede ba ile ba sebelisa nako eo ho ruta ngoana oa bona hore o tsoetsoe ke Baheberu le ho mo ruta ka Jehova. Ha ’mela o ntse o puta, ho ne ho tla bonahala hore na ba atlehile ho le hokae ho kenya tumelo le lerato bakeng sa toka ka har’a pelo ea Moshe.
Ka mor’a hore a khutlisetsoe ho morali’a Faro, Moshe o ile “a rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta.” (Liketso 7:22) Sena se bolela hore Moshe o ile a koetlisoa hore a tšoanelehele mosebetsi o itseng o phahameng oa ’muso. Thuto e pharaletseng ea Egepeta e ne e akarelletsa lipalo, geometry, thuto ea tsebo ea moralo oa kaho, ho haha le mesebetsi e meng ea bonono le saense. Mohlomong lelapa la borena le ne le batla hore a rutoe bolumeli ba Egepeta.
Ho ka etsahala hore ebe Moshe o ile a ba le tokelo ea ho rutoa thuto ena e khethehileng hammoho le bana ba bang ba boreneng. Har’a ba bang ba neng ba rutoa thuto ena ea boemo bo phahameng sechabeng e ne e le “bana ba babusi ba linaha tse ling ba neng ba romeloa kapa ba isoa Egepeta e le batšoaruoa e le hore ba ka ‘hlalefisoa’ ’me ka mor’a moo ba khutlisetsoe morao e le bahlanka” ba tšepahalang ba Faro. (The Reign of Thutmose IV, ea Betsy M. Bryan) Ho bonahala eka Likolo tsa Tlhokomelo le Koetliso li ne li ruta bacha ho sebeletsa e le bahlanka ba lekhotla. Mongolo o ngotsoeng nakong ea ’Muso o Bohareng oa Egepeta le nakong ea ’Muso o Mocha o bontša hore ba bang ba bahlokomeli ba Faro le liofisiri tsa hae tse phahameng tsa ’muso ba ne ba ntse ba hlomphuoa ka hore ke “Ngoana oa Sekolo sa Tlhokomelo le Koetliso” leha e se e le batho ba baholo.
Bophelo ba khotla bo ne bo tla beha Moshe tekong. Bo ne bo ruisa, bo le mabothobotho ebile bo fana ka matla. Bo ne bo boetse bo le kotsi boitšoarong. Moshe o ne a tla itšoara joang? O ne a tla tšepahala ho mang? Na ka sebele e ne e le morapeli oa Jehova, e mong oa Baheberu ba hatelloang kapa na o ne a thabela sohle seo Egepeta ea bohetene e neng e ka fana ka sona?
it “Egepeta, Baegepeta” ¶28
Egepeta, Baegepeta
Tumelo ka bafu. E ’ngoe ea lintho tse neng li tumme haholo bolumeling ba Baegepeta e ne e le e amanang le bafu, moo ba neng ba amehile ka boiketlo le thabo ea batho ka mor’a hore ba shoe. Baegepeta ba ne ba e-na le tumelo ea hore motho ha aa shoe empa o tsoaloa e le sebopuoa sa moea. Ba ne ba lumela hore moea ha o shoe. Leha ho le joalo, ba ne ba nka hore ’mele oa motho o lokela ho bolokoa o le maemong a matle e le hore haeba moea o batla ho o sebelisa o ka o fumana. Ka lebaka la tumelo eo, Baegepeta ba ne ba tlotsa litopo ka linoko tse etsang hore li se ke tsa bola. Lebitla leo mofu a neng a bolokoa ka har’a lona le ne le nkoa e le lehae la hae. Marena a ne a bolokeloa ka har’a lithabana tse ikahetsoeng. Lintho tse hlokehang hore motho a phele le tse ntle joaloka mabenyane, liaparo le lijo li ne li behoa ka lebitleng e le hore mofu a tle a li sebelise. Mofu o ne a boetse a beheloa libuka tsa boselamose (joaloka “Buka ea Bafu”) ho mo sireletsa ho meea e khopo. (SETŠOANTŠO, Vol. 1, leq. 533) Leha ho le joalo, libuka tseo li ne li sa ba sireletse hobane masholu a ne a khona ho utsoa lintho tse ka mabitleng a joalo.
it “Midiane” No. 2 ¶1-2
Midiane
2. Litloholo tsa Abrahama ka mora oa hae ea bitsoang Midiane li ne li tsejoa e le “Bamidiane” kapa “Midiane.” (Nu 31:2, 3) Ho bonahala eka ka linako tse ling ha Bibele e bua ka bona e re ke Baishmaele. (Bapisa le Ge 37:25, 27, 28, 36; 39:1; Bhl 8:22, 24.) Ho ka etsahala hore ebe litloholo tsa Abrahama ka bara ba hae ba babeli e leng Ishmaele le Midiane li ne li phela ka tsela e tšoanang, le hore li ne li momahane kaha li ne li nyallana. Ho boetse ho bonahala eka ba bang ba Bakene ba ne ba tsebahala e le Bamidiane. Kaha ho buuoe ka Bakene le pele Midiane a ka hlaha, ho ka etsahala hore ebe soare sa Moshe, Hobabe oa Mokene o ne a tsebahala e le Momidiane hobane feela a ne a lula naheng ea bona.—Ge 15:18, 19; Nu 10:29; Bhl 1:16; 4:11; sheba ISHMAELITE; KENITE.
Kaha Bamidiane e ne e le litloholo tsa Abrahama, ho bonahala eka puo ea bona e ne e tšoana le Seheberu. Ka mohlala, Gideone ha aa ka a thatafalloa ke ho utloa Bamidiane. (Bhl 7:13-15; 8:18, 19) Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe Gideone o ile a ithuta puo ea Bamidiane kaha Iseraele e ile ea busoa ke eona ka lilemo tse supileng.—Bhl 6:1.
KHAOLO EA 11
“E-ea ho Faro”
Moshe—Na ke Motho oa Sebele Kapa oa Tšomong?
Moshe o tloha Midiane ’me o hlaha ka pel’a Faro, o batla hore batho ba Molimo ba lokolloe. Ha morena eo ea hlooho e thata a hana, ho hlaha likotlo tse leshome tse senyang. Kotlo ea boleshome e fella ka hore matsibolo a Egepeta a shoe, ’me qetellong Faro ea saretsoeng o lokolla Baiseraele.—Exoda khaolo ea 5-13.
Liketsahalo tsena li tsebahala haholo ho babali ba bangata. Empa na leha e le efe ea tsona e na le bopaki ba hore e kile ea etsahala historing? Ba bang ba pheha khang ea hore kaha Faro ha aa boleloa ka lebitso, e tlameha ebe tlaleho ena ke tšomo. Leha ho le joalo, Hoffmeier ea qotsitsoeng pejana o re bangoli ba Baegepeta hangata ba ne ba siea ka boomo mabitso a lira tsa Faro. O beha lebaka: “Ka sebele bo-rahistori ba ne ba ke ke ba qhelela ka thoko bonnete ba histori ea phutuhelo ea Megido ea Thutmose III hobane feela mabitso a morena oa Kadeshe le oa Megido a sa tlalehoa.” Hoffmeier o fana ka maikutlo a hore Faro ha aa boleloa ka lebitso “ka mabaka a utloahalang a bolumeli.” Har’a mabaka a mang, ka ho se bolele Faro ka lebitso, tlaleho ena e lebisa tlhokomelo ho Molimo, eseng ho Faro.
Leha ho le joalo, ba tšoaea-tšoaeang liphoso ba hana taba ea hore Bajuda ba ile ba falla ka bongata Egepeta. Setsebi Homer W. Smith o pheha khang ea hore phallo e kholo joalo “e ka be e tsebahetse hohle historing ea Baegepeta kapa ea Basyria . . . Ho ka ’na ha etsahala hore tšomo eo ke tlaleho e sothiloeng le e iqapetsoeng ea ho baleha ha batho ba seng bakae Egepeta ho ea Palestina.”
Ke ’nete hore ha ho tlaleho ea Egepeta ea ketsahalo ena e fumanoeng. Empa Baegepeta ba ne ba sa tsoafe ho fetola tlaleho ea histori haeba ’nete ea eona e ne e soabisa kapa e ba khahlanong le lithahasello tsa bona tsa lipolotiki. Ha Thutmose III a lula setulong sa borena, o ile a leka ho hlakola tlaleho eohle e ka hopoloang ka Hatshepsut, ea neng a busitse pele ho eena. Setsebi sa lintho tsa boholo-holo tsa Egepeta, John Ray, o re: “Mengolo eohle ea hae e ile ea hlakoloa, lifika tsa hae tsa haheletsoa ka mabota ’me ha lebaloa ka liemahale tsa hae. Lebitso la hae ha le hlahe litlalehong tsa morao tsa histori.” Boiteko bo tšoanang ba ho fetola kapa ho pata linnete tse soabisang bo ’nile ba etsoa le mehleng ea kajeno.
Na U Bona “Ea sa Bonahaleng”?
FARO e ne e le ’musi ea matla ebile Baegepeta ba mo nka e le molimo. Buka e bitsoang When Egypt Ruled the East e re Baegepeta ba ne ba nka hore “o phahametse libopuoa tsohle ka bohlale le matla.” E le hore a tšose bafo ba hae, Faro o ne a roala moqhaka o nang le setšoantšo sa masumu e batlang ho hlasela, e leng se neng se hopotsa lira tsa morena hore li tla felisoa ka ho panya ha leihlo. U se u ka inahanela hore na Moshe o ile a ikutloa joang ha Jehova a re ho eena: “Tloo ke u rome ho Faro, ’me u ntše sechaba sa ka sa bara ba Iseraele Egepeta.”—Ex. 3:10.
it “Melimo le Melimotsana” ¶24-26
Melimo le Melimotsana
Likotlo Tse Leshome. Jehova o ile a tlotlolla le ho ahlola melimo eohle ea Baegepeta ka likotlo tseo a ileng a ba otla ka tsona. (Ex 12:12; Nu 33:4; LITŠOANTŠO, Vol. 2, leq. 530) Kotlo ea pele e ileng ea etsa hore metsi a noka ea Nile le metsi ’ohle a Egepeta a fetohe mali, e ile ea tlotlolla molimo oa Nile ea bitsoang Hapi. Ho shoa ha litlhapi nokeng ea Nile e ile ea e-ba ntho e tlotlollang bolumeling ba Baegepeta kaha ba ne ba rapela mefuta e itseng ea litlhapi ba bile ba boloka litopo tsa tsona. (Ex 7:19-21) Ho Baegepeta senqanqane se ne se nkoa se tšoantšetsa pelehi le tsoho ebile se halalela ho molimotsana oa linqanqane ea bitsoang Heqt. Kahoo kotlo ea linqanqane e ile ea tlotlolla molimotsana enoa. (Ex 8:5-14) Kotlo ea boraro e ile ea etsa hore baprista ba maselamose ba lumele hore ba hlotsoe hobane ba ne ba sa khone ho fetola lerole hore ebe menoang. (Ex 8:16-19) Baegepeta ba ne ba nka hore molimo Thoth ke eena ea qapileng boselamose. Leha ho le joalo, molimo eo o ile a hloleha ho thusa baprista ba maselamose ho etsa mohlolo o tšoanang le oo Moshe a ileng a o etsa kotlong ea boraro.
Ho tloha kotlong ea bone ho ea pele, ho ile ha bonahala phapang pakeng tsa barapeli ba Molimo oa ’nete le Baegepeta. Liboba tse ngata li ile tsa hlasela Baegepeta malapeng a bona empa ha lia ka tsa hlasela Baiseraele Goshene. (Ex 8:23, 24) Kotlong e latelang ho ile ha e-ba le boloetse bo bolaeang liphoofolo. Taba ena e ile ea tlotlolla melimotsana e kang molimotsana oa khomo ea bitsoang Hathor, Apis, le molimotsana oa leholimo Nut, eo ho neng ho lumeloa hore ke khomo e nang le linaleli mpeng. (Ex 9:1-6) Kotlo ea mathopa e ile ea tlotlolla melimo le melimotsana eo ho neng ho nkoa hore e na le bokhoni ba ho folisa maloetse, e kang Thoth, Isis, le Ptah. (Ex 9:8-11) Sefako se matla se ile sa tlotlolla melimo eo ho neng ho nkoa hore e na le matla a ho laola lintho tsa tlhaho. Ka mohlala, ho ne ho lumeloa hore Reshpu o laola mahalima, ha Thoth eena ho ne ho nkoa hore o na le matla a ho laola pula le letolo. (Ex 9:22-26) Kotlo ea litsie e ile ea bontša hore melimo eo ho neng ho lumeloa hore ke eona e etsang hore ho be le chai ea hloleha. E mong oa melimo eo e ne e le Min, eo ho neng ho nkoa hore o sireletsa limela. (Ex 10:12-15) Har’a melimo e ileng ea tlotlolloa ke kotlo ea lefifi, ke melimo ea letsatsi e kang Ra le Horus. Thoth, molimo oa khoeli eo ho neng ho lumeloa hore o laola letsatsi, khoeli le linaleli le eena o ile a tlotlolloa.—Ex 10:21-23.
Ho shoa ha letsibolo la Faro ho ile ha tlotlolla melimo le melimotsana ea Egepeta haholo. (Ex 12:12) Marena a Egepeta a ne a inka e le melimo e leng bara ba Ra kapa Amon-Ra. Ba ne ba nka hore Ra kapa Amon-Ra o ne a etsa thobalano le mosali oa morena. Kahoo, mora ea neng a tla hlaha o ne a nkoa e le molimo, ea tlileng ka sebopeho sa motho, ke kahoo a neng a neheloa tempeleng ea Ra kapa Amon-Ra. Ha e le hantle, ho shoa ha letsibolo la Faro ho ne ho bolela ho shoa ha molimo. (Ex 12:29) Ntho ena e ile ea pepesa hore bolumeli ba Baegepeta ke ba bohata le hore melimo le melimotsana ea bona e hlolehile ho sireletsa matsibolo ’ohle a bona hore a se ke a shoa.—Sheba AMON No. 4.
it “Baiseraele ba Tsoa Egepeta” ¶46-51
Baiseraele ba Tsoa Egepeta
Bophara le bolelele ba moo ba tšetseng teng. Kaha Baiseraele ba tšetse leoatle ka bosiu bo le bong, e ka ba ntho e sa utloahaleng ho nahana hore leoatle le ne le bulehile hanyenyane. Kahoo, ho ka etsahala hore leoatle le ne le bulehile bophara ba k’hilomithara e le ’ngoe kapa ho feta moo. Haeba sehlopha sena se ne se tsamaea ka tsela e hlophisehileng se sa petetsana haholo, se tsamaea ka likariki, lithoto hammoho le liphoofolo tsa sona, se ne se ka tlala sebaka se ka etsang boholo ba mabala a bolo a 1 000 kapa ho feta moo. Le haeba se ne se petetsane, se ne se tla ’ne se tlale sebaka se batlang se lekana le sona seo. Kahoo, ho bonahala eka ha leoatle le buleha le ile la buleha haholo e le hore Baiseraele ba ka feta. Haeba batho ba ka pele-pele ba ne ba nka sebaka sa bophara bo ka etsang k’hilomithara e le ’ngoe le halofo, bolele ba ho tloha ho motho ea ka pele ho ea ho ea ka morao-rao e ne e ka ba sebaka se lekanang le lik’hilomithara tse hlano kapa ho feta moo. Empa haeba batho ba ka pele-pele ba ne ba ka nka sebaka sa bophara bo ka etsang lik’hilomithara tse pele le halofo, bolele ba ho tloha ho motho ea ka pele ho ea ho ea ka morao-rao e ne e tla ba sebaka se lekanang le lik’hilomithara tse tharo kapa ho feta moo. Kahoo, ho ne ho ka nka sehlopha seo lihora tse ’maloa hore se tšele. Ke ’nete hore Baiseraele ba ne ba sa tšoha ebile ba tsamaea ka tsela e hlophisehileng, empa re kholisehile hore ba ne ba sa tsamaee ba iketlile.
Haeba e ne e se ka lebaka la leru, Baegepeta ba ka be ba fumane Baiseraele habonolo feela le ho ba bolaea ka bongata. (Ex 15:9) Ha Baiseraele ba se ba kenelletse ka leoatleng ’me leru le neng le le ka mor’a bona le se le tlohile, le ile ka pele, Baegepeta ba ile ba bona eka ba ka fumana Baiseraele eaba baa ba lelekisa. Sena sea hlakisa hore leoatle le ne le bulehile haholo hobane lebotho la Faro le ne le le leholo haholo. Lebotho leo lohle le ile la kena ka leoatleng kaha le ne le ikemiselitse ho bolaea Baiseraele le ho ba khutlisetsa Egepeta. Mesong, ho tloha ka hora ea bobeli ho isa ho ea botšelela, Jehova o ile a sheba sehlopha seo sa Baegepeta a le har’a leru eaba o se ferekanya ka ho ntša mabili likariking tsa sona.—Ex 14:24, 25.
Ha e se e ntse e tl’o ba hoseng, Baiseraele ba ne ba se ba tšetse ba le lebopong le ka bochabela la Leoatle le Lefubelu. Jehova o ile a laela Moshe hore a otlollele letsoho la hae holim’a leoatle e le hore metsi a ka khutla ’me a koahela Baegepeta. Hang-hang “leoatle la khutlela boemong ba lona bo tloaelehileng” ’me Baegepeta ba leka ho baleha e le hore ba ka pholoha. Taba ena e boetse ea tiisa hore leoatle le ne le bulehile haholo hobane haeba le ne le bulehile hanyenyane metsi ao a ka be a ba bolaile ka ho panya ha leihlo. Eitse ha Baegepeta ba leka ho balehela lebopong le ka bophirimela hore ba ka pholoha, metsi a ’na a atamela ka potlako ho fihlela a koahetse lebotho lohle la Faro hammoho le likariki tsa ntoa. Ha ho le ea mong ea ileng a pholoha.
Ho hlakile hore taba ea hore Baegepeta ba ile ba koaheloa ke metsi e ne e le hobane metsi ao a ne a tebile. Ho ekelletsa moo haeba a ne a sa teba litopo tsa Baegepeta li ka be li sa fihla lebopong la leoatle hobane Bibele e re: “Baiseraele ba bona litopo tsa Baegepeta lebopong la leoatle.”—Ex 14:22-31; ’MAPA le SETŠOANTŠO, Vol. 1, leq. 537.
Metsi “a tiea.” Ho ea ka tlhaloso ea Bibele, metsi a leoatle a ile a tiea e le hore Baiseraele ba ka tšela. (Ex 15:8) Lentsoe “tiea” le sebelisitsoe Libibeleng tsa American Standard Version, King James Version le liphetolelong tsa J. N. Darby, I. Leeser, R. Knox le ea J. Rotherham. Webster’s Third New International Dictionary (1981), ha e hlalosa lentsoe tiea e re: “Ke ha mokelikeli o fetohela boemong ba ho tiea, mohlomong ka lebaka la serame. Hape ke ha metsi a ba thata kapa a fetohela boemong bo tšoanang le ba jelly.” Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “tiea” le boetse le sebelisitsoe ho Jobo 10:10, ha ho buuoa ka ho tiisa lebese hore ebe chisi. Kahoo, taba ena ha e bolele hore mabota a metsi a ne a hoamme ke serame empa a ne a le boemong bo tšoanang le ba jelly. Ho ne ho bonahala ho se na letho le tšoereng metsi a Leoatle le Lefubelu ka mahlakoreng a mabeli hore a se ke a khutla. Taba ena ke hobane metsi ao a ne a bonahala a tiile kapa a hoamme e le hore a ka ema e le mabota le hore a se ke a khutla ’me a koahela Baiseraele le ho ba bolaea. Ena ke tsela eo mabota ao a neng a shebahala ka eona ho Moshe ha moea o matla o hlahang bochabela o ne o arola metsi a leoatle ebile o etsa hore ho ome fatše, ho se ke ha e-ba le seretse kapa leqhoa. Ntho ena e ile ea nolofalletse Baiseraele hore ba tšele habonolo ebile ba le bangata.
Tsela e ileng ea buloa ka har’a leoatle e ne e le kholo haholo hoo Baiseraele ba neng ba ka ba limilione tse tharo ba ileng ba khona ho tšela ka bosiu bo le bong feela. Metsi a hoammeng a ile a khutla a koahela le ho bolaea Baegepeta. Ka nako eo Baiseraele ba ne ba le lebopong le ka bochabela la Leoatle le Lefubelu ba ntse ba nahanisisa ka mohlolo o ikhethang oo Jehova a o entseng ka ho ba pholosa ho sechaba se neng se le matla ka ho fetisisa ka nako eo. Ba ile ba bona ha ho phethahala mantsoe a Moshe a reng: “Baegepeta bao le ba bonang kajeno, le ke ke la hlola le ba bona hape.”—Ex 14:13.
Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
“Ntsebise litsela tsa hao, hore ke u tsebe.”—EXODA 33:13.
MOSHE o ne a holiselitsoe lelapeng la Faro ’me a rutiloe ka bohlale boo borena ba Egepeta bo neng bo bo nka e le ba bohlokoa. Leha ho le joalo, Moshe o ile a hlokomela hore e ne e se Moegepeta. Batsoali ba hae e ne e le Baheberu. Ha a le lilemo li 40, o ile a ea hloela barab’abo, e leng bara ba Iseraele. Moshe ha aa ka a iphapanya ha a bona Moegepeta a tšoara Moiseraele hampe. O ile a bolaea Moegepeta eo. Moshe o ile a khetha ho ema le batho ba Jehova ’me o ne a lumela hore Molimo o ne a mo sebelisetsa ho lopolla barab’abo. (Liketso 7:21-25; Baheberu 11:24, 25) Ha ketsahalo ena e tsebahala, borena ba Egepeta bo ile ba qala ho nka Moshe e le lerabele, ’me o ile a tlameha ho baleha e le hore a pholose bophelo ba hae. (Exoda 2:11-15) E le hore Molimo a mo sebelise, Moshe o ne a lokela ho tseba litsela tsa Jehova hantle. Na Moshe e ne e tla ba motho ea rutehang?—Pesaleme ea 25:9.
2 Ka lilemo tse 40 tse latelang, Moshe e ile ea e-ba ’malehi le molisana. Ho e-na le hore Moshe a halefe haholo kahobane ho ne ho bonahala eka barab’abo ba Baheberu ha ba mo tsotelle, Moshe o ile a ikokobelletsa seo Molimo a neng a se lumeletse. Le hoja lilemo tse ngata li ile tsa feta ’me ho sa bonahale eka ho na le ea mo elang hloko, Moshe o ile a lumella Jehova hore a mo betle. Hamorao ha a ne a susumetsoa ke moea o halalelang oa Molimo, o ne a sa iphafe ha a ne a re: “Monna enoa Moshe o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Numere 12:3) Jehova o ile a sebelisa Moshe ka litsela tse ikhethang. Le rona haeba re batla bonolo, Jehova o tla re hlohonolofatsa.—Sofonia 2:3.
O ne a Fuoe Mosebetsi
3 Ka letsatsi le leng lengeloi le neng le emela Jehova le ile la bua le Moshe pel’a Thaba ea Horebe e Hloahloeng ea Sinai. Ho ile ha thoe ho Moshe: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka se Egepeta, ’me ke utloile mohoo oa sona ka lebaka la ba se qobellang ho sebetsa; hobane ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang. Kea theoha ho ea se lopolla matsohong a Baegepeta le ho se ntša naheng eo ho se isa naheng e ntle le e kholo, naheng e phallang lebese le mahe a linotši.” (Exoda 3:2, 7, 8) Tabeng ena, Molimo o ne a e-na le mosebetsi bakeng sa Moshe, empa o ne o lokela ho etsoa ka tsela ea Jehova.
4 Lengeloi la Jehova le ile la tsoela pele la re: “Joale tloo ke u rome ho Faro, ’me u ntše sechaba sa ka sa bara ba Iseraele Egepeta.” Moshe o ile a qeaqea. O ne a sa ikutloe a tšoaneleha, ’me o ne a ke ke a tšoaneleha haeba a ne a ka itšetleha ka bohlale ba hae. Leha ho le joalo, Jehova o ile a tiisetsa Moshe a re: “Ke tla ba le uena.” (Exoda 3:10-12) Jehova o ile a fa Moshe matla a ho etsa lipontšo tsa mohlolo tseo e neng e tla ba bopaki ba hore ka sebele o ne a romiloe ke Molimo. Moholoane oa Moshe, e leng Arone, o ne a tla tsamaea le eena e le ’muelli oa hae. Jehova o ne a tla ba ruta seo ba lokelang ho se bua le ho se etsa. (Exoda 4:1-17) Na Moshe o ne a tla phetha kabelo eo ka botšepehi?
5 Qalong banna ba baholo ba Iseraele ba ile ba lumela Moshe le Arone. (Exoda 4:29-31) Leha ho le joalo, kapele feela “balaoli ba bara ba Iseraele” ba ile ba qosa Moshe le moholoan’ae ka hore ba entse hore ba “nkhe hampe” ka pel’a Faro le bahlanka ba hae. (Exoda 5:19-21; 6:9) Ha Baiseraele ba ne ba tloha Egepeta, ba ile ba tšoha ha ba bona likoloi tsa ntoa tsa Baegepeta li ba lelekisa. Kaha Baiseraele ba ne ba bona Leoatle le Lefubelu ka pel’a bona ’me likoloi tsa ntoa li ba setse morao, ba ile ba iphumana ba qabeletsoe, eaba ba beha Moshe molato. Uena u ka be u ile ua etsa joang? Le hoja Baiseraele ba ne ba se na likepe, ka taelo ea Jehova Moshe o ile a kopa sechaba hore se hlomolle liahelo. Eaba Molimo o arola metsi a Leoatle le Lefubelu, ’me leoatle la fetoha sebaka se omileng e le hore Baiseraele ba ka feta.—Exoda 14:1-22.
Taba ea Bohlokoahali ho Feta Topollo
6 Jehova o ile a hatisa bohlokoa ba lebitso la Hae ha a ne a roma Moshe. E ne e le habohlokoa ho hlompha lebitso leo le ho hlompha Eo le mo emelang. Ha a botsoa ka lebitso la hae, Jehova o ile a re ho Moshe: “Ke tla ba seo ke tla ba sona.” Hape, Moshe o ne a lokela ho bolella bara ba Iseraele mantsoe a latelang: “Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lona.” Eaba Jehova o eketsa ka ho re: “Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ’me sena ke sehopotso sa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.” (Exoda 3:13-15) Jehova e ntse e le lona lebitso leo Molimo a tsejoang ka lona ke bahlanka ba hae lefatšeng lohle.—Esaia 12:4, 5; 43:10-12.
7 Ha Moshe le Arone ba hlaha ka pel’a Faro, ba ile ba fetisa molaetsa oa bona ka lebitso la Jehova. Leha ho le joalo, ka boikakaso Faro o ile a re: “Jehova ke mang, hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee? Ho hang ha ke tsebe Jehova ’me, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.” (Exoda 5:1, 2) Faro o ile a bontša hore o ne a le pelo e thata a bile a le mano, leha ho le joalo Jehova o ile a phehella Moshe hore a ’ne a ise melaetsa ho eena. (Exoda 7:14-16, 20-23; 8:1, 2, 20) Moshe o ne a bona hore Faro o halefile. Na ho tobana le eena hape ho ne ho tla thusa? Baiseraele bona ba ne ba labalabela ho lopolloa. Faro o ne a hana hehehe! Ha e ne e le uena u ka be u entse’ng?
8 Moshe o ile a tlisa molaetsa o mong hape, a re: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Baheberu a se boletseng: ‘Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee e le hore se tle se ntšebeletse.’” Molimo o ile a boela a re: “Ka nako ena nka be ke otlile uena le batho ba hao ka lefu la seoa ’me u ka be u felisitsoe lefatšeng. Empa, ha e le hantle, ke u bolokile u phela ka lebaka lena, ka morero oa hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.” (Exoda 9:13-16) Ka lebaka la seo a neng a tla se etsa ho Faro ea pelo e thata, Jehova o ile a rera ho bonahatsa matla a hae ka tsela e neng e tla ba temoso ho bohle ba mo hanyetsang. Bana ba ne ba tla akarelletsa Satane Diabolose, eo hamorao Jesu Kreste a ileng a mo bitsa “’musi oa lefatše.” (Johanne 14:30; Baroma 9:17-24) Joalokaha ho boletsoe esale pele, lebitso la Jehova le ile la boleloa lefatšeng lohle. Ho tiisetsa ha hae ho ile ha pholosa Baiseraele hammoho le sehlopha se seholo se tsoakaneng se neng se ikopantse le bona borapeling. (Exoda 9:20, 21; 12:37, 38) Ho tloha ka nako eo, ho boleloa ha lebitso la Jehova ho thusitse batho ba eketsehileng ba limilione ba amohetseng borapeli ba ’nete.
Ho Sebetsana le Batho ba Thata
9 Baheberu ba ne ba tseba lebitso la Molimo. Moshe o ile a sebelisa lebitso leo ha a bua le bona, empa ha se kamehla ba neng ba bontša tlhompho e loketseng bakeng sa Mong’a lona. Nakoana ka mor’a hore Jehova a lopolle Baiseraele Egepeta ka mohlolo, ho ile ha etsahala’ng ha ba lieha ho fumana metsi a nooang? Ba ile ba korotlela Moshe. Ka mor’a moo ba ile ba korotla ka lijo. Moshe o ile a ba lemosa hore ba ne ba sa korotlele eena le Arone feela empa ba ne ba korotlela Jehova. (Exoda 15:22-24; 16:2-12) Thabeng ea Sinai, Jehova o ile a fa Baiseraele Molao o neng o tsamaisana le lipontšo tse phahametseng matla a tlhaho. Leha ho le joalo, ka ho se mamele sechaba se ile sa etsa namane ea khauta hore se e rapele sa ba sa re se entse “mokete oa Jehova.”—Exoda 32:1-9.
10 Moshe o ne a tla sebetsana joang le sechaba seo Jehova ka boeena a ileng a se hlalosa e le se melala e sataletseng? Moshe o ile a kopa Jehova ka matla a re: “Ka kopo, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ka kopo, ntsebise litsela tsa hao, hore ke u tsebe, e le hore ke fumane kamohelo mahlong a hao.” (Exoda 33:13) Ha balebeli ba Bakreste ba hlokomela Lipaki Tsa Jehova tsa kajeno, ba lisa mohlape o ikokobelitseng haholo ho feta sechaba sa Iseraele. Leha ho le joalo, le bona ba rapela ka tsela e tšoanang le eo ba re: “Ntsebise litsela tsa hao, Jehova; nthute litsela tsa hao.” (Pesaleme ea 25:4) Ho tseba litsela tsa Jehova ho thusa balebeli ho sebetsana le maemo ka tsela e lumellanang le Lentsoe la Molimo le e tsamaisanang le botho ba hae.
Seo Jehova a se Lebeletseng ho Batho ba Hae
11 Seo Jehova a neng a se lebeletse ho batho ba hae se ile sa boleloa ka molomo Thabeng ea Sinai. Hamorao Moshe o ile a amohela matlapa a mabeli a neng a ngotsoe Melao e Leshome. Eitse ha a theoha thabeng, a bona Baiseraele ba rapela namane e entsoeng ka ho qhibilihisoa eaba ka bohale o lahlela matlapa ao fatše, oa a pshatla. Jehova o ile a boela a ngola Melao e Leshome e le matlapeng a neng a betliloe ke Moshe. (Exoda 32:19; 34:1) Melao ena e ne e ntse e tšoana le e ileng ea fanoa qalong. Moshe o ne a lokela ho iphaphatha le eona. Hape Molimo o ile a hlakisetsa Moshe hore na Eena ke motho oa mofuta ofe, kahoo a bontša Moshe hore o ne a lokela ho itšoara joang joaloka moemeli oa Jehova. Bakreste ha ba tlas’a Molao oa Moshe, empa seo Jehova a ileng a se bolella Moshe se akarelletsa melao-motheo e mengata e sa fetohang le e ntseng e sebetsa ho bohle ba rapelang Jehova. (Baroma 6:14; 13:8-10) A re ke re hlahlobeng e seng mekae ea eona.
12 Neha Jehova boinehelo bo khethehileng. Sechaba sa Iseraele se ne se le teng ha Jehova a ne a phatlalatsa hore o batla boinehelo bo khethehileng. (Exoda 20:2-5) Baiseraele ba ne ba bone bopaki bo bongata ba hore Jehova ke Molimo oa ’nete. (Deuteronoma 4:33-35) Jehova o ile a hlakisa hore ho sa tsotellehe seo lichaba tse ling li neng li se etsa, o ne a ke ke a lumella mofuta leha e le ofe oa borapeli ba litšoantšo kapa tšebelisano le meea har’a batho ba hae. Boinehelo ba bona ho eena e ne e sa lokela ho ba tloaelo feela tjee. Kaofela ha bona ba ne ba lokela ho rata Jehova ka lipelo tsohle tsa bona, ka meea eohle ea bona le ka mafolofolo ’ohle a bona. (Deuteronoma 6:5, 6) Sena se ne se tla akarelletsa lipuo tsa bona, boitšoaro ba bona—ha e le hantle, karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba bona. (Levitike 20:27; 24:15, 16; 26:1) Jesu Kreste le eena o ile a hlakisa hore Jehova o batla boinehelo bo khethehileng.—Mareka 12:28-30; Luka 4:8.
13 Mamela litaelo tsa Jehova ka tieo. Baiseraele ba ne ba lokela ho hopotsoa hore ha ba ne ba kena kamanong ea selekane le Jehova, ba ile ba itlama hore ba ne ba tla mo mamela ka tieo. Ba ne ba thabela bolokolohi bo boholo, empa ha ho tluoa litabeng tseo Jehova a neng a fane ka litaelo tsa tsona, ba ne ba lokela ho mamela ka tieo. Ho etsa joalo e ne e tla ba bopaki ba lerato la bona ho Molimo ebile ho ne ho tla tsoela bona le bana ba bona molemo hobane sohle seo Jehova a neng a batla hore ba se etse se ne se le molemong oa bona.—Exoda 19:5-8; Deuteronoma 5:27-33; 11:22, 23.
14 Etelletsa litaba tsa moea pele. Sechaba sa Iseraele se ne se sa lokela ho lumella hore litlhoko tsa nama li pupetse lintho tsa moea. Baiseraele ba ne ba sa lokela ho phelela feela lintho tse tloaelehileng. Beke le beke Jehova o ne a beheletse ka thoko nako eo a neng a e khethile e le e halalelang, e leng nako e neng e sebelisetsoa feela mesebetsi e amanang le borapeli ba Molimo oa ’nete. (Exoda 35:1-3; Numere 15:32-36) Selemo le selemo, ba ne ba lokela ho behella ka thoko nako e eketsehileng bakeng sa likopano tse halalelang tse khethiloeng. (Levitike 23:4-44) Li ne li tla fana ka menyetla ea ho bua ka mesebetsi ea Jehova e matla, ea ho ba hopotsa litsela tsa hae le ea ho mo leboha ka molemo oohle oa hae. Ha batho ba ntse ba bontša boinehelo ba bona ho Jehova, ba ne ba tla tšaba Molimo le ho mo rata haholoanyane ’me ba ne ba tla thusoa ho tsamaea litseleng tsa hae. (Deuteronoma 10:12, 13) Melao-motheo e lokileng e neng e akarelelitsoe litaelong tseo e thusa bahlanka ba Jehova kajeno.—Baheberu 10:24, 25.
Ho Utloisisa Litšobotsi Tsa Jehova
15 Ho utloisisa litšobotsi tsa Jehova ho ne ho tla boela ho thuse Moshe ha a sebelisana le sechaba. Exoda 34:5-7 e re Molimo o ile a feta ka pel’a sefahleho sa Moshe eaba o re: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlolo le sebe, empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong, ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara le ho litloholo, ho moloko oa boraro le moloko oa bone.” Ak’u iphe nako ea ho nahanisisa ka mantsoe ao. Ipotse: ‘Tšobotsi ka ’ngoe e bolela’ng? Jehova o ile a e bonahatsa joang? Balebeli ba Bakreste ba ka bonahatsa tšobotsi ee joang? Tšobotsi ka ’ngoe e lokela ho ama joang seo e mong le e mong oa rona a se etsang?’ Nahana feela ka mehlala e seng mekae.
16 Jehova ke “Molimo ea mohau le ea mosa.” Haeba u e-na le buka e bitsoang Insight on the Scriptures, ke hobane’ng ha u sa bale seo e se buang tlas’a “Mercy [mohau]”? Kapa batlisisa taba eo u sebelisa Watch Tower Publications Index kapa lenaneo la k’homphieutha le bitsoang Watchtower Library (CD-ROM). Sebelisa k’honk’hodense ho fumana mangolo a buang ka mohau. U tla hlokomela hore ho phaella ntlheng ea hore ka linako tse ling o bebofatsa kotlo, mohau oa Jehova o akarelletsa qenehelo e bonolo. O susumeletsa Molimo ho nka khato e le hore a lopolle batho ba hae. E le bopaki ba sena, Molimo o ile a hlokomela Baiseraele nameng le moeeng ha ba le leetong la ho ea Naheng e Tšepisitsoeng. (Deuteronoma 1:30-33; 8:4) Ka mohau Jehova o ne a ba tšoarela ha ba ne ba entse liphoso. O ile a bontša batho ba hae ba boholo-holo mohau. Ka sebele bahlanka ba hae ba mehleng ea kajeno ba lokela ho bontšana qenehelo e joalo!—Matheu 9:13; 18:21-35.
17 Mohau oa Jehova o akarelletsa mosa. U ka hlalosa “mosa” joang? Bapisa sena le mangolo a reng Jehova o mosa. Bibele e bontša hore mosa oa Jehova o akarelletsa kameho e lerato ka batho ba hae ba bothateng. (Exoda 22:26, 27) Naheng leha e le efe, bajaki, hammoho le batho ba bang, ba ka ’na ba iphumana ba le bothateng. Ha Jehova a ne a ruta batho ba hae ho se ee ka leeme le ho bontša mosa ho batho ba joalo, o ile a ba hopotsa hore le bona e kile ea e-ba bajaki—Egepeta. (Deuteronoma 24:17-22) Ho thoe’ng ka rona kajeno joaloka batho ba Molimo? Ho ba mosa ho thusa ho re kopanya le ho hohella ba bang borapeling ba Jehova.—Liketso 10:34, 35; Tšenolo 7:9, 10.
18 Leha ho le joalo, ho qenehela batho ba lichaba tse ling ho ne ho sa lokela ho nka sebaka sa lerato leo Baiseraele ba neng ba e-na le lona bakeng sa Jehova le litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro. Kahoo, Baiseraele ba ile ba rutoa hore ba se ke ba latela litsela tsa lichaba tse ba pota-potileng, ba se ke ba nka mekhoa ea tsona ea bolumeli le ea boitšoaro bo bobe. (Exoda 34:11-16; Deuteronoma 7:1-4) Seo se boetse sea sebetsa le ho rona kajeno. Re lokela ho ba batho ba halalelang, joalokaha Molimo oa rona, Jehova, a halalela.—1 Petrose 1:15, 16.
19 E le hore Moshe a ka utloisisa litsela tsa Hae, Jehova o ile a hlakisa hore le hoja a sa rate bobe, o lieha ho halefa. O fa batho ba hae monyetla oa hore ba ithute melao ea hae le ho e boloka. Ha pako e le teng, Jehova o tšoarela sebe, empa ba etsang liphoso tse tebileng ha a ba lokolle kotlong e ba tšoanelang. O ile a lemosa Moshe hore seo Baiseraele ba neng ba se etsa, se ne se ka ama meloko e tlang hantle kapa hampe. Ho utloisisa litsela tsa Jehova ho ka sireletsa batho ba Molimo hore ba se ke ba beha Molimo molato ka maemo ao ba ipaketseng ’ona kapa ka ho phetha ka hore oa lieha.
20 Haeba u lakatsa ho eketsa tsebo ea hao ka Jehova le ka litsela tsa hae, tsoela pele ho etsa lipatlisiso ’me u thuise ha u bala Bibele. Hlahloba ka hloko likarolo tse sa tšoaneng tsa botho ba Jehova. Nahana ka thapelo kamoo u ka etsisang Molimo kateng le ho lumellanya bophelo ba hao haholoanyane le morero oa hae. Sena se tla u thusa hore u qobe lifi, u sebetsane hantle le balumeli-’moho le uena, le ho thusa ba bang ho tseba le ho rata Molimo oa rona ea hlollang.
KHAOLO EA 12
O Ile a Sebetsa ka Thata ho Tšepahalla Molimo oa Hae
“U Hlokomele Sefate Sena sa Morara”!
LIHLOELA tse 12 li ile tsa pholletsa le Naha e Tšepisitsoeng. Moshe o ne a li boleletse hore li shebe baahi ba eona li be li khutle li nkile tse ling tsa lijo tse behoang ke naha eo. Li ile tsa khahloa haholo ke tholoana efe? Haufi le Hebrone, li ile tsa fumana serapa sa morara seo morara oa sona o neng o le motenya hoo ho ileng ha hlokahala hore lesihla le le leng feela le jaroe ke lihloela tse peli. Kaha chai ea teng e ne e le kholo, lihloela tseo li ile tsa reha sebaka seo se nonneng “phula ea molapo o phoroselang ea Eshkole.”—Numere 13:21-24.
Lekholong la bo19 la lilemo, moeti e mong ea neng a etetse Palestina o ile a etsa tlaleho ena: “Eshkole, kapa Phula ea Merara, . . . e sa ntse e tletse lifate tsa morara, ’me morara oa teng o motle ka ho fetisisa ebile o motenya ho feta merara eohle ea Palestina.” Le hoja lifate tsa morara tsa Eshkole li ne li beha haholo, karolo e kholo ea Palestina e ne e beha morara o motle mehleng ea Bibele. Litlaleho tsa Egepeta li bontša hore bo-Faro ba ne ba reka veine Kanana.
‘Naha e Phallang Lebese le Mahe a Linotši’
HA Jehova Molimo a ne a lokolla Baiseraele Egepeta, o ile a ba tšepisa hore o ba isa “naheng e ntle le e kholo, naheng e phallang lebese le mahe a linotši.”—Exoda 3:8.
Ha Baiseraele ba tsitsa Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba rua likhomo, linku le lipoli, ho bolelang hore ba ne ba e-na le lebese le lengata. Empa ho thoe’ng ka mahe a linotši? Batho ba bang ba nka hore ha Bibele e bua ka mahe a linotši, ha e le hantle e bua ka mokelikeli o entsoeng ka litholoana tsa palema, lifeiga kapa morara. Athe moo e buang ka ho toba ka mahe a linotši a tsoang khekheng, e bua ka a linotši tse hlaha, eseng tse ruiloeng. (Baahloli 14:8, 9; 1 Samuele 14:27; Matheu 3:1, 4) Na ruri naha eo e ne e ‘phalla’ mahe a linotši joalokaha ho ne ho le joalo ka lebese?
Se sa tsoa sibolloa morao tjena Iseraele ke baepolli ba lintho tsa khale se fana ka leseli. Ha leselinyana la Hebrew University le bua ka seo se sibolotsoeng, le ile la re: “Moprofesa (Amihai) Mazar o re mona ho sibolotsoe matlo a linotši a khale ka ho fetisisa ha ho epolloa lintho tsa khale sebakeng sa Boholo-holo sa Bochabela bo Haufi. Ke a lekholong la bo10 la lilemo ho ea mathoasong a lekholo la bo9 la lilemo B.C.E.”
Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana mela e meraro ea matlo a linotši a fetang 30, ’me ba ile ba hakanya hore sebaka seo kaofela e ka ’na eaba se ne se e-na le matlo a linotši a ka bang 100. Ha matlo ao a hlahlojoa, ho ile ha fumanoa likaroloana tsa ’mele ea linotši le limolek’hule tsa boka ba tsona. Litsebi li hakanyetsa hore “selemo le selemo e ka ’na eaba matlong ana ho ne ho bokelloa mahe a linotši a ka etsang halofo ea thane.”
Mehleng ea boholo-holo, mahe a linotši e ne e se feela lijo tse hlabosang empa hape boka ba tsona bo ne bo sebelisoa indastering ea tšepe le ea matlalo. Bo ne bo boetse bo sebelisoa ha ho ngoloa. Boka bo ne bo tšeloa letlapeng le entsoeng ka lehong ebe ho ngolloa holim’a bona. Hamorao bo ne bo ka qhibilihisoa e le hore ho ngolloe ho bona hape. Baepolli baa ba lintho tsa khale ba fihletse qeto efe ka see seo ba se sibolotseng?
Leselinyana le tsoela pele: “Le hoja Bibele e sa re bolelle hore mehleng eo ho ne ho ruuoa linotši Iseraele, ho sibolloa ha matlo a linotši Tel Rehov ho bontša hore ho rua linotši le ho bokella mahe le boka ba tsona e ne e le indasteri e tsoetseng pele khale koana mehleng ea Tempele ea Pele [ea Solomone]. Ka hona, ho ka etsahala hore ha Bibele e re ‘mahe a linotši’ ehlile e bua ka lona lero la linotši.”
“Pholletsa le Naha”
11 Ba bang ba ka ’na ba sebelisa limmapa tsa Bibele hore ba bone libaka tse itseng, empa na u nahana hore limmapa li ka u fa leseli la seo batho ba se nahanang? Nka ka mohlala Baiseraele ba neng ba tloha Thabeng ea Sinai ba leba Naheng e Tšepisitsoeng. Ba ne ba ntse ba tsamaea ba khefutsa, ’me qetellong ba fihla Kadeshe (kapa Kadeshe-barnea). Deuteronoma 1:2 e bontša hore lena e ne e le leeto la matsatsi a 11, e leng sebaka se bohole ba lik’hilomithara tse 270. Ho tloha moo, Moshe o ile a romela lihloela tse 12 Naheng e Tšepisitsoeng. (Numere 10:12, 33; 11:34, 35; 12:16; 13:1-3, 25, 26) Lihloela tseo li ile tsa e kena li tsoa ka leboea li hlaha ka Negebe, mohlomong li ile tsa feta Beerseba, eaba li feta Hebrone, ’me tsa fihla meeling e ka leboea ea Naha e Tšepisitsoeng. (Numere 13:21-24) Kaha Baiseraele ba ile ba mamela tlaleho e mpe ea lihloela tse leshome, ba ile ba lokela ho lelera lefeelleng ka lilemo tse 40. (Numere 14:1-34) See se bontša’ng ka tumelo ea bona le ka boikemisetso ba bona ba ho tšepa Jehova?—Deuteronoma 1:19-33; Pesaleme ea 78:22, 32-43; Juda 5.
12 Nahana ka sena u ipapisitse le libaka tse neng li ameha. Haeba Baiseraele ba ne ba ile ba bontša tumelo ’me ba latela keletso ea Joshua le Kalebe, na ba ka be ba tsamaile sebaka se selelele hakaalo hore ba fihle Naheng e Tšepisitsoeng? Kadeshe e ne e le hoo e ka bang lik’hilomithara tse 16 ho tloha Beere-lahai-roi, moo Isaka le Rebeka ba neng ba lula teng. Ho ea Beerseba e ka boroa moeling oa Naha e Tšepisitsoeng ho ne ho le ka tlase ho lik’hilomithara tse 95. (Genese 24:62; 25:11; 2 Samuele 3:10) Ka mor’a ho tsamaea ho tloha Egepeta ho ea Thabeng ea Sinai, le ho fetela Kadeshe e bohole ba lik’hilomithara tse 270, ho ne ho le joalokaha ho ka thoe ba lintšing tsa Naha e Tšepisitsoeng. Rona re moeling oa lefatše le tšepisitsoeng la Paradeise. Re ka ithuta’ng? Moapostola Pauluse o ile a amahanya boemo ba Baiseraele le keletso ena: “Ka hona a re etseng sohle se matleng a rona ho kena phomolong eo, esere leha e le mang a oela mohlaleng o tšoanang oa ho se mamele.”—Baheberu 3:16–4:11.
Ho ba Sebete ka Lebaka la Tumelo le ho Tšaba Molimo
11 Tumelo e joalo ha ea ema nģa e le ’ngoe. Ea hola ha re ntse re phelela ’nete, re ‘latsoa’ melemo, re ‘bona’ ha lithapelo tsa rona li arabeloa ’me, ka litsela tse itseng, re bona ha Jehova a tataisa bophelo ba rona. (Pesaleme ea 34:8; 1 Johanne 5:14, 15) Re ka kholiseha hore tumelo ea Joshua le Kalebe e ile ea matlafala ha ba ntse ba latsoa molemo oa Molimo. (Joshua 23:14) Nahana ka lintlha tse latelang: Ba ile ba khona ho tsoela pele ba phela leetong la lilemo tse 40 lefeelleng, joalokaha Molimo a ne a tšepisitse hore ho tla ba joalo. (Numere 14:27-30; 32:11, 12) Ba ile ba e-ba le seabo ha ho ne ho hloloa Kanana ka lilemo tse tšeletseng. Qetellong, ba ile ba thabela bophelo bo bolelele le bo molemo ’me ba fuoa le mafa. Ka sebele Jehova o putsa ba mo sebeletsang ka botšepehi le ka sebete!—Joshua 14:6, 9-14; 19:49, 50; 24:29.
Ho ba Sebete ka Lebaka la Tumelo le ho Tšaba Molimo
KA 1473 B.C.E., sechaba sa Iseraele se ne se itokiselitse ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Moshe o ile a hopotsa sechaba ka mathata a neng a larile ka pele, a re: “Kajeno [le] tšela Jordane ho kena le ho leleka lichaba tse kholo le tse matla ho [le] feta, metse e meholo le e etselitsoeng liqhobosheane ho fihlela maholimong, sechaba se seholo le se selelele, bara ba Baanake, bao . . . [le utloileng] ho thoe ka bona, ‘Ke mang ea ka emang a tiile ka pel’a bara ba Anake?’” (Deuteronoma 9:1, 2) Ka sebele, bahlabani bana ba liqhenqha ba ne ba tsebahala! Ho feta moo, Bakanana ba bang ba ne ba e-na le mabotho a hlometseng hantle, ba e-na le lipere le likoloi tsa ntoa tse neng li e-na le mahare a tšepe mabiling.—Baahloli 4:13.
2 Baiseraele bona, e ne e bile sechaba sa makhoba ’me ba ne ba sa tsoa qeta lilemo tse 40 lefeelleng. Kahoo, ho ea ka pono ea batho, ho ne ho bonahala ba se na monyetla oa ho hlola. Empa Moshe o ne a e-na le tumelo; o ne a khona ho ‘bona’ Jehova a ba etelletse pele. (Baheberu 11:27) Moshe o ile a bolella sechaba a re: “Jehova Molimo oa hao o tšela ka pel’a hao. . . . O tla ba felisa, ’me o tla ba kokobetsa ka pel’a hao.” (Deuteronoma 9:3; Pesaleme ea 33:16, 17) Ka mor’a lefu la Moshe, Jehova o ile a tiisetsa Joshua hore O tla mo tšehetsa, a re: “Ema, u tšele Jordane ena, uena le sechaba sena sohle, le kene naheng eo ke se fang eona, bara ba Iseraele. Ha ho ea tla ema a tiile ka pel’a hao matsatsing ’ohle a bophelo ba hao. Ke tla ba le uena feela joalokaha ke bile le Moshe.”—Joshua 1:2, 5.
3 Haeba Joshua a batla thuso le tataiso ea Jehova, o lokela ho bala le ho thuisa ka Molao oa Molimo ’me a phele ka oona. Jehova o ile a re: “Ka ho etsa joalo u tla atlehisa tsela ea hao ’me ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale. Na ha kea u laela? E-ba sebete ’me u be matla. U se ke ua haroha letsoalo kapa ua tšoha, etsoe Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u eang teng.” (Joshua 1:8, 9) Kaha Joshua o ile a mamela Molimo, o ile a ba sebete, a ba matla ’me a atleha. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba mehleng ea hae ha baa ka ba mamela. Ka lebaka leo, ha baa ka ba atleha, ’me ba ile ba shoella lefeelleng.
Batho ba se Nang Tumelo le ba se Nang Sebete
4 Lilemo tse 40 pejana ha Baiseraele ba ne ba fihla Kanana ka lekhetlo la pele, Moshe o ile a romela banna ba 12 hore ba e’o hloela naha eo. Ba leshome ba ile ba khutla ba tšohile. Ba ile ba belaela ba re: “Batho bohle bao re ba boneng har’a eona ke batho ba boholo bo sa tloaelehang. Moo re bone Banefilime, bara ba Anake, ba tsoang ho Banefilime; hoo mahlong a rona re ileng ra tšoana le marutle.” Na “batho bohle”—eseng Baanake feela—e ne e le liqhenqha? Che. Na Baanake e ne e le litloholo tsa Banefilime ba ileng ba phela pele ho Moroallo? Le mona karabo ke che! Leha ho le joalo, ka lebaka la ho feteletsoa hona ha litaba, kampo e ile ea apareloa ke tšabo. Batho ba ne ba bile ba batla ho khutlela Egepeta, naheng eo e neng e bile makhoba ho eona!—Numere 13:31–14:4.
5 Leha ho le joalo, Joshua le Kalebe, e leng banna ba babeli ba lihloela, ba ne ba labalabela ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ba ile ba re Bakanana “ke bohobe ho rona. Tšireletso ea bona e tlohile holim’a bona, ’me Jehova o na le rona. Le se ke la ba tšaba.” (Numere 14:9) Na tšepo eo Joshua le Kalebe ba neng ba e-na le eona e ne e se na motheo? Che! Bona hammoho le sechaba kaofela, ba ne ba ile ba bona ha Jehova a tlotlolla Egepeta e matla le melimo ea eona ka Likotlo Tse Leshome. Joale ba ile ba bona ha Jehova a ne a etsa hore Faro le lebotho la hae la sesole ba khangoe ke metsi Leoatleng le Lefubelu. (Pesaleme ea 136:15) Ho hlakile hore lihloela tseo tse leshome hammoho le bahlohlelletsi ba tsona ba ne ba se na lebaka le utloahalang la ho ba le tšabo. Jehova o ile a bua mantsoe a latelang a utloile bohloko haholo: “Se ke ke sa beha tumelo ho ’na bakeng sa lipontšo tsohle tseo ke li entseng har’a sona halelele hakae?”—Numere 14:11.
6 Jehova o ile a bolela sesosa sa bothata ba sona—ho ba boi ha sechaba ho ile ha bontša hore se hloka tumelo. Ka sebele tumelo le sebete li amana haholo hoo, moapostola Johanne a ileng a ngola mantsoe a latelang mabapi le phutheho ea Bokreste le ka ntoa ea eona ea moea: “Ena ke tlholo e hlotseng lefatše, tumelo ea rona.” (1 Johanne 5:4) Kajeno, tumelo e kang ea Joshua le Kalebe e entse hore Lipaki Tsa Jehova tse ka holimo ho limilione tse tšeletseng, tsa bacha le batho ba baholo, tse matla le tse fokolang ’meleng, li bolele litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle. Ha ho sera se atlehileng ho koala melomo ea lebotho lena le matla le le sebete.—Baroma 8:31.
U se ke ua ‘Ikhula’
7 Kajeno bahlanka ba Jehova ba bolela litaba tse molemo ka sebete hobane ba e-na le boikutlo bo tšoanang le ba moapostola Pauluse, ea ileng a ngola: “Ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong, empa re mofuta o nang le tumelo hore moea o bolokoe o phela.” (Baheberu 10:39) Joalokaha Pauluse a boletse, ‘ho ikhula’ ha ho bolele feela ho ba le tšabo ka nakoana, hobane bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Molimo ba ’nile ba tšoha ka linako tse ling. (1 Samuele 21:12; 1 Marena 19:1-4) Ho fapana le moo, dikishinari e ’ngoe ea Bibele e hlalosa hore ho bolela “ho chechela morao, ho emella thoko,” ho se “tšoare ’nete ka tieo.” E phaella ka hore mohlomong ‘ho ikhula’ ke puo ea tšoantšetso e thehiloeng tabeng ea ho “theola seile [ea sekepe] ’me kahoo ho bolela ho khoehlisa” tšebeletsong ea Molimo. Ho hlakile hore ba leng matla tumelong ha ba nahane ka ho “khoehlisa” ha ho hlaha mathata—ebang ke mahloriso, ho kula kapa teko leha e le efe. Ho fapana le moo, ba hatela pele ka matla tšebeletsong ea Jehova, ba lemoha hore o ba tsotella haholo ebile o tseba mefokolo ea bona. (Pesaleme ea 55:22; 103:14) Na u na le tumelo ea mofuta oo?
8 Ka lekhetlo le leng baapostola ba ile ba nahana hore ba ne ba haelloa ke tumelo, eaba ba re ho Jesu: “Re fe tumelo e eketsehileng.” (Luka 17:5) Kopo ea bona e tiileng e ile ea arabeloa, haholo-holo ka Pentekonta ea 33 C.E., ha moea o halalelang oo ba neng ba o tšepisitsoe o ne o theohela holim’a barutuoa bao ’me o etsa hore ba be le temohisiso e matla ea Lentsoe la Molimo le morero oa hae. (Johanne 14:26; Liketso 2:1-4) Ba matlafalitsoe tumelong, barutuoa bana ba ile ba qalisa letšolo la ho bolela leo ho sa tsotellehe khanyetso, le ileng la etsa hore litaba tse molemo li boleloe “popong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakolose 1:23; Liketso 1:8; 28:22.
9 E le hore re matlafatse tumelo ea rona le ho hatela pele tšebeletsong ea rona, le rona re lokela ho ithuta le ho thuisa ka Mangolo ’me re rapelle moea o halalelang. Ke feela ka ho hatisa ’nete ea Molimo likelellong le lipelong tsa rona—joalokaha Joshua, Kalebe le barutuoa ba pele ba Bakreste ba ile ba etsa—re ka bang le tumelo e re fang sebete seo re se hlokang e le hore re mamelle ntoeng ea rona ea moea ’me re e hlole.—Baroma 10:17.
Ha Hoa Lekana ho Lumela Feela Hore Molimo o Teng
10 Joalokaha baboloki ba botšepehi ba boholo-holo ba bontšitse, tumelo e etsang hore re be le sebete le mamello ha e akarelletse ho lumela feela hore Molimo o teng. (Jakobo 2:19) E hloka hore re tsebe hore na Jehova ke motho ea joang ’me re mo tšepe ka ho feletseng. (Pesaleme ea 78:5-8; Liproverbia 3:5, 6) E bolela ho lumela ka lipelo tsohle hore ho boloka melao le melao-motheo ea Molimo ho re ruisa molemo haholo. (Esaia 48:17, 18) Tumelo e boetse e akarelletsa ho kholiseha ka ho feletseng hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae ’me e be “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:1, 6; Esaia 55:11.
11 Tumelo e joalo ha ea ema nģa e le ’ngoe. Ea hola ha re ntse re phelela ’nete, re ‘latsoa’ melemo, re ‘bona’ ha lithapelo tsa rona li arabeloa ’me, ka litsela tse itseng, re bona ha Jehova a tataisa bophelo ba rona. (Pesaleme ea 34:8; 1 Johanne 5:14, 15) Re ka kholiseha hore tumelo ea Joshua le Kalebe e ile ea matlafala ha ba ntse ba latsoa molemo oa Molimo. (Joshua 23:14) Nahana ka lintlha tse latelang: Ba ile ba khona ho tsoela pele ba phela leetong la lilemo tse 40 lefeelleng, joalokaha Molimo a ne a tšepisitse hore ho tla ba joalo. (Numere 14:27-30; 32:11, 12) Ba ile ba e-ba le seabo ha ho ne ho hloloa Kanana ka lilemo tse tšeletseng. Qetellong, ba ile ba thabela bophelo bo bolelele le bo molemo ’me ba fuoa le mafa. Ka sebele Jehova o putsa ba mo sebeletsang ka botšepehi le ka sebete!—Joshua 14:6, 9-14; 19:49, 50; 24:29.
12 Mosa o lerato oo Molimo a ileng a o bontša Joshua le Kalebe o re hopotsa mantsoe ana a mopesaleme: “U holisitse polelo ea hao esita le ka holim’a lebitso lohle la hao.” (Pesaleme ea 138:2) Ha Jehova a sebelisa lebitso la hae hore a tiise tšepiso e itseng, ho phethahala ha tšepiso eo ho ‘holisoa’ ka kutloisiso ea hore ho feta hole sohle seo re neng re ka se lebella. (Baefese 3:20) Ka sebele, ha ho mohla Jehova a soetsang ba ‘ithabelang ho eena ka ho phethehileng.’—Pesaleme ea 37:3, 4.
Na u Latela Jehova Kahohle?
“BA LOKILENG ba iketlile joaloka tau e ncha.” (Liproverbia 28:1) Ba bontša tumelo, ba itšetleha ka Lentsoe la Molimo ka tšepo, ’me ka sebete ba tsoela pele tšebeletsong ea Jehova ho sa tsotellehe kotsi efe kapa efe.
Ha Baiseraele ba le Sinai ka mor’a hore Molimo a ba lopolle bokhobeng Egepeta lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., banna ba babeli ka ho khetheha ba ile ba bontša hore ba iketlile joaloka litau. Ba ile ba boela ba bonahatsa tumelo ho Jehova ka tlas’a maemo a sa tloaelehang. E mong oa banna bana e ne e le Joshua oa Efraime, eo e neng e le mosebeletsi oa Moshe ’me hamorao a khethoa e le mohlahlami oa hae. (Exoda 33:11; Numere 13:8, 16; Deuteronoma 34:9; Joshua 1:1, 2) E mong e ne e le Kalebe, mor’a Jefune oa moloko oa Juda.—Numere 13:6; 32:12.
Kalebe o ile a etsa thato ea Jehova ka botšepehi le ka cheseho. Bophelo ba hae bo bolelele ba ho sebeletsa Molimo bo ile ba etsa hore a khone ho re o ne a ile a ‘latela Jehova kahohle.’ (Joshua 14:8) The New American Bible e re: “Ke tšepahetse ka ho feletseng ho MORENA oa ka, Molimo oa ka.” Kalebe o ile a “utloa ka botšepehi,” kapa a “phetha ka botšepehi morero oa,” Jehova Molimo. (Today’s English Version; The New English Bible) Ha e behoa ka tsela e ’ngoe, Kalebe o ile a bolela: “Ke . . . latetse MORENA Molimo oa ka ka pelo eohle.” (New International Version) Ho thoe’ng ka uena? Na u latela Jehova kahohle?
Ho Hloela Naha
Ak’u ipehe har’a Baiseraele kapele ka mor’a hore Jehova a ba lokolle bokhobeng ba Baegepeta. Bona kamoo moprofeta Moshe a latelang ka botšepehi litaelo tse fanoeng ke Molimo. E, hlokomela hape le tšepo ea Kalebe ea hore Jehova o na le batho ba Hae.
Ke selemo sa bobeli ka mor’a ho tsoa Egepeta, ’me Baiseraele ba hlomme litente Kadeshe-Barnea lefeelleng la Parane. Ba eme moeling oa Naha e Tšepisitsoeng. Ka taelo ea Molimo, Moshe o tla tloha a romela lihloela tse 12 Kanana. O re: “Le kene ho eona ka ’nģa Boroa, ’me le hloelle lithabeng, ’me le tla bona [seo] naha e leng sona, le bone hore na batho ba ahileng ho eona ba matla, kapa [baa] fokola; kapa ha ba bakae, kapa ba bangata; le bone hore na naha eo ba ahileng ho eona e ntle, kapa e mpe; le bone hore na metse eo ba ahileng ho eona kapa ke liqhobosheane, kapa ke meqheme; le mobu ke o joang, kapa ke o nonneng kapa ke o otileng; kapa lifate li teng, kapa ha li eo. Ipheng matla, ’me le nke litholoana tse ling tsa naha eo.”—Numere 13:17-20.
Banna bao ba 12 ba ile ba qalella leetong la bona le kotsi. Leeto la bona le ile la nka matsatsi a 40. Ha ba le Hebrone ba ile ba bona banna ba seemo se seholo. Khohlong ea Eshkole, ba hlokomela ho nona ha naha ’me ba etsa qeto ea ho nka tse ling tsa litholoana tsa eona. Lesihla le le leng la morara le ne le le boima hoo le neng le lokela ho jaroa ka thupa ke banna ba babeli!—Numere 13:21-25.
Ha lihloela li khutlela kampong ea Iseraele, li ile tsa tlaleha: “Re ile naheng eo u re rometseng ho eona; ruri, ke naha e kollang lebese le linotši; ke tsena litholoana tsa teng. Empa feela, batho ba ahileng naheng eo ke linatla, ’me metse ea teng e hahelelitsoe ka marako, ’me e meholo haholo; esita le bana ba Anake re bile ra ba bona teng. Ba-Amaleke ba ahile ka ’nģa Boroa; ba-Hethe, le ba-Jebuse, le ba-Amore ba ahile lithabeng; ba-Kanana bona, ba ahile pel’a leoatle le mabapa le Jordane.” (Numere 13:26-29) Lihloela tse leshome ha lia ikemisetsa ho amohela litaelo tsa Molimo le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.
“Jehova o na le Rona”
Leha ho le joalo, ka tumelo ho Jehova Molimo sehloela se se nang tšabo Kalebe sea phehella: “Ha re nyoloheng, re hape naha eo, hobane ka sebele re tla hlola.” Empa lihloela tse leshome lia hana, li bolela hore baahi ba Kanana ba matla ho feta Baiseraele. Lihloela tse tšohileng tse se nang tumelo li italima e le litsie feela ha li bapisoa.—Numere 13:30-33.
Kalebe le Joshua baa phehella: “Jehova o na le rona; le se ke la ba tšaba.” Mantsoe a Joshua le Kalebe a oela fatše. Ha batho ba bua ka ho ba tlepetsa ka majoe, Molimo a kena lipakeng ’me a ahlola bakorotli bao: “Ha le ka ke la kena lefatšeng leo ke neng ke le emiselitse letsoho la ka, ka re ke tla le ahisa teng, ha e se Kalebe, mor’a Jefunne, le Joshua, mor’a Nune. Ha e le bana ba lona . . . ke tla ba kenya teng, ’me ba tla tseba naha eo le e nyatsitseng. . . . Bana ba lona ba tla alosa feelleng ka lilemo tse mashome a mane, . . . litopo tsa lona li be li felle feelleng kaofela ha tsona. Joale ka ha le qetile matsatsi a mashome a mane le hloela naha, ka mokhoa o joalo le tla jara kotlo ea makhopo a lona ka lilemo tse mashome a mane, selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng.”—Numere 14:9, 30-34.
Ba ne ba Ntse ba Tšepahala Lilemo Hamorao
Kahlolo ea lilemo tse 40 e ile ea tsoela pele, ’me ha shoa moloko oohle oa bakorotli. Empa Kalebe le Joshua ba ntse ba tšepahala ho Molimo. Liphuleng tsa Moabe, Moshe le Moprista ea Phahameng Eleazare ba balile banna ba lebotho ho tloha ho ba lilemo li 20 ho ea holimo. Molimo o khetha monna a le mong ho tsoa lelokong le leng le le leng la Iseraele, ho tšepeloa karolo ea Naha e Tšepisitsoeng. Kalebe, Joshua, le Eleazare ke ba bang ba bona. (Numere 34:17-29) Le hoja Kalebe a se a le lilemo li 79, o ntse a le mahlaha-hlaha, a tšepahala, ’me a le sebete.
Ha Moshe le Arone ba bala sechaba Sinai pejana se hana ke tšabo ho kena naheng ea Kanana, banna ba ntoa ba Iseraele ba ne ba le 603 550. Ka mor’a lilemo tse mashome a mane ba le lefeelleng, lebotho le ile la fokotsehela ho 601 730. (Numere 1:44-46; 26:51) Leha ho le joalo, Joshua a eteletse pele ’me Kalebe ea tšepahalang a le har’a bona, Baiseraele ba ile ba kena Naheng e Tšepisitsoeng ’me ba hapa tlholo e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe. Joalokaha Joshua le Kalebe ka linako tsohle ba ile ba lebella, Jehova o ne a hapela batho ba hae lintoa.
Ha Joshua le Kalebe ba holileng ba tšela Noka ea Jordane le banna ba loanang ba Iseraele, ba ile ba jara meroalo ea bona lintoeng tse ileng tsa latela. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse tšeletseng tsa ntoa, karolo e kholo ea naha e lokela ho ahuoa. Jehova o tla leleka baahi empa joale o laela hore naha e lokela ho aroloa har’a meloko ea Iseraele ka ho laoloa ka lotho.—Joshua 13:1-7.
O Ile a Latela Jehova Kahohle
Joaloka ea ileng a nka karolo lintoeng tse ngata, Kalebe o ema pel’a Joshua ’me o re: “Ke ne ke le lilemo tse mashome a mane, mohla Moshe, mohlanka oa Jehova, a nthomang, Kadeshe-Barnea, ho ea hloela naha, ’me ka mo tlisetsa litaba, joalo ka ha li ne li le pelong ea ka; athe banab’eso, bao re neng re ile le bona, ba nyahamisitse sechaba pelo; empa ’na ka latela Jehova, Molimo oa ka, kahohle.” (Joshua 14:6-8) E, Kalebe o ’nile a latela Jehova kahohle, a etsa thato ea Molimo ka botšepehi.
Kalebe oa phaella: “Mohlang oo, Moshe a nkanela a re: Ka ’nete, lefatše leo maoto a hao a ileng a le hata e tla ’ne e be lefa la hao le la bana ba hao kamehla; hobane u latetse Jehova, Molimo oa ka, kahohle. Bona, joale Jehova o bolokile bophelo ba ka ka lemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, joalokaha a na a boletse, haesale Jehova a bolella Moshe taba ena, ha ba-Iseraele ba ne ba ntse ba tsamaea lefeelleng; ’me le ka bona, kajeno ke na le lilemo tse mashome a robileng meno e le ’meli a nang le metso e mehlano. Leha ho le joalo, ke sa le matla le kajeno, joaloka mohla Moshe a nthomang; joalokaha matla a ka a na a le joalo mohlang oo, le kajeno matla a ka a ho loana a ntse a le teng, a ho futuha le a ho boea. Joale, ’nee thaba ena eo Jehova a e boletseng mohlang oo; hobane u utloile le uena mohlang oo hobane teng ho na le ba-Anake, hape ho na le metse ea metonana e marako; ha ekaba Jehova a ka ntlatsa, nka ba leleka, joalokaha Jehova a boletse.” Joale Kalebe o fumana Hebrone e le lefa.—Joshua 14:9-15.
Kalebe ea holileng o fumane kabelo e thata ka ho fetisisa—sebaka se tletseng banna ba seemo se seholo ka ho sa tloaelehang. Empa sena ha se thata haholo bakeng sa mohlabani enoa ea lilemo li 85. Ka mor’a nako lingangele tse ahileng Hebrone li ile tsa timela. Othniele, mor’a moena oa Kalebe le moahloli oa Iseraele, o hapa Debire. Metse eo ka bobeli hamorao e ile ea ahoa ke Balevi, ’me Hebrone e ile ea e-ba motse oa setšabelo bakeng sa ea bolaeang a sa ikemisetsa.—Joshua 15:13-19; 21:3, 11-16; Baahloli 1:9-15, 20.
Ka Linako Tsohle Latela Jehova Kahohle
Kalebe le Joshua e ne e le batho ba sa phethahalang. Leha ho le joalo, ba ile ba phetha thato ea Jehova ka botšepehi. Tumelo ea bona ha ea ka ea fokola nakong ea lilemo tse 40 tse thata lefeelleng tse ileng tsa tlisoa ke ho hloleha ho utloa Molimo ha Baiseraele. Ka ho tšoanang, bahlanka ba Jehova ba mehleng ena ha baa lokela ho lumella letho ho sitisa tšebeletso ea bona thorisong ea Molimo. Ka ho hlokomela hore ntoa e tsoela pele pakeng tsa mokhatlo oa Molimo le oa Satane Diabolose, ba tiile, ’me ka ntsoe-leng ba tsoela pele ho batla ho khahlisa Ntate oa bona oa leholimo linthong tsohle.
Ka mohlala, batho ba bangata ba Jehova ba ’nile ba ipeha kotsing ea ho tšoaroa hampe haesita le ho bolaoa ka ho keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea, kapa Sehopotso sa Lefu la Jesu Kreste. (1 Bakorinthe 11:23-26) Tabeng ena mosali e mong oa Mokreste ea neng a koalletsoe kampong ea mahloriso ea Nazi nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše oa tlaleha:
“E mong le e mong o ile a bolelloa hore a be ntlong ea ho hlatsoetsa liaparo ka 11 bosiu. Hantle ka 11 bosiu re ne re kopane, re le 105 ka palo. Re ile ra ema re atamelane re entse sakana-la-nkope, hare [ho e-na le] setuloana sa ho beha maoto ho behiloe lesela le lesoeu le phuthetseng litšoantšetso holim’a sona. Kamore eo e ne e bonesitsoe ka kerese, kaha lebone la motlakase le ne le ka re hlahatsa. Re ile ra ikutloa joaloka Bakreste ba pele ka kamoreng e ka tlas’a lefatše. E ne e le mokete o tebileng. Re ile ra tsebahatsa litlamo tsa rona tse tiileng bocha ho Ntate oa rona ho sebelisa matla a rona ’ohle ho tlosa qoso lebitsong la Hae le halalelang, ho emela Puso ea Molimo re tiile.”
Ho sa tsotellehe liteko tsa rona joaloka basebeletsi ba Jehova ba hlorisoang, re ka itšetleha ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona bakeng sa ho mo sebeletsa ka sebete le ho lebisa tlhompho lebitsong la hae le halalelang. (Bafilipi 4:13) Ha re leka ho khahlisa Jehova, ho tla re tsoela molemo ho hopola Kalebe. Mohlala oa hae oa ho latela Jehova kahohle, o ile oa susumetsa mohlankana ea ileng a kenela mosebetsi oa ho bolela ka nako e tletseng morao koana ka 1921. O ile a ngola:
“Le hoja ho ba pula-maliboho ho ile ha bolela ho tela mosebetsi oa ka o monate oa litšebeletso tsa khatiso tsa morao-rao Coventry [Engelane], ha kea ka ka ikoahlaea. Boinehelo ba ka bo ne bo se bo sebelitse taba eo; bophelo ba ka bo ne bo nehetsoe ho Molimo. Ke ile ka hopola Kalebe, ea ileng a kena Naheng e Tšepisitsoeng le Joshua eo ho ileng ha thoe ka eena, ‘O latetse Jehova kahohle.’ (Josh. 14:8) Ke ile ka bona hoo e le boikutlo bo ratehang. Ke ne ke tseba hore ho sebeletsa Molimo ‘kahohle’ ho tla etsa bophelo ba ka ba boinehelo ba bohlokoa bo boholoanyane; ho ne ho tla mpha monyetla o moholoanyane oa ho beha litholoana tse tšoaeang Mokreste.”
Ka sebele Kalebe o ile a hlohonolofaletsoa ho latela Jehova ka botšepehi kahohle, ka linako tsohle a batla ho etsa thato ea Molimo. Joaloka eena, ba bang ba ’nile ba fumana thabo e kholo le litlhohonolofatso tse enneng tšebeletsong ea Molimo. E se eka hoo e ka ba phihlelo ea hao joaloka motho ea tsoelang pele ho latela Jehova kahohle.
KHAOLO EA 13
O Ile a Mamela Litaelo Tse Makatsang
w09 12/1 17 ¶4, nal.
O Batla Hore re Atlehe
Joshua a ka fumana sebete le matla ha a bala mangolo a ileng a ngoloa ka tšusumetso ea Molimo. Jehova o re: “Hlokomela ho etsa ka molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a u laetseng oona.” (Temana ea 7) Nakong ena ho ka etsahala hore ebe Joshua o na le libuka tse ’maloa feela tsa Bibele tse seng li ngotsoe. Leha ho le joalo, taba ea hore o na le Lentsoe la Molimo ha e bolele hore joang kapa joang o tla atleha. E le hore le mo ruise molemo, Joshua o lokela ho etsa lintho tse peli.
[Naletsana]
Mangolo ao Joshua a neng a e-na le ’ona a susumelitsoeng ke Molimo e ka ’na eaba a ne a akarelletsa libuka tse hlano tseo Moshe a li ngotseng (Genese, Exoda, Levitike, Numere le Deuteronoma), buka ea Jobo le pesaleme e le ’ngoe kapa tse peli.
Tšepa Kreste Moeta-Pele oa Rona
5 Ka mor’a hore Baiseraele ba tšele noka ea Jordane moo ba neng ba le haufi le ho fihla motseng oa Jeriko, Joshua o ile a kopana le monna eo a neng a sa mo tsebe a tšoere sabole ka letsoho. Joshua o ile a mo botsa a re: “Na u ka lehlakoreng la rona kapa la bahanyetsi ba rona?” O ile a makala ha monna eo a itlhalosa hore ke “khosana ea lebotho la Jehova” ’me o ne a tl’o ba sireletsa. (Bala Joshua 5:13-15.) Le hoja maemong a mang Bibele e bontša hore Jehova o ile a bua le Joshua ka ho toba, re kholisehile hore o ile a bua le eena a sebelisa lengeloi joalokaha a ile a etsa nakong e fetileng.—Ex. 3:2-4; Josh. 4:1, 15; 5:2, 9; Lik. 7:38; Bagal. 3:19.
6 Lengeloi le ile la fa Joshua litaelo tse hlakileng tsa hore na a etse’ng e le hore a tle a hape motse oa Jeriko. Qalong tse ling tsa litaelo tseo a ileng a li fuoa li ne li bonahala eka ha li na thuso. Ka mohlala, Jehova o ile a mo laela hore a bolotse banna bohle, e leng ntho e neng e tla etsa hore ba sitoe ho itšireletsa ka matsatsi a seng makae. Empa na ee e ne e le nako e nepahetseng ea hore banna bao ba bolotsoe?—Gen. 34:24, 25; Josh. 5:2, 8.
7 Banna bao ba ne ba ipotsa hore na ba ne ba tla khona ho sireletsa ba malapa a bona khahlanong le ba lireng. Ho sa le joalo, ba ile ba utloa litaba tseo ba neng ba sa li lebella tsa hore Jeriko ‘e ne e koetsoe ka thata ka lebaka la bona.’ (Josh. 6:1) Ha ho pelaelo hore ba ile ba tšepa Jehova le ho feta ’me tumelo ea bona ea matlafala ha ba bona kamoo a ba thusang kateng.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane eng e bontšang hore Jeriko e ile ea hapuoa ka nako e khutšoanyane?
▪ Joshua 6:10-15, 20 e re masole a Baiseraele a ile a qeta matsatsi a tšeletseng a ntse a potoloha motse oa Jeriko hang ka letsatsi. Ka letsatsi la bosupa, a ile a potoloha motse ka makhetlo a supileng. Joale Molimo a liha marako a maholo a Jeriko, ’me Baiseraele ba hapa motse oo. Na ho na le ntho eo baepolli ba lintho tsa khale ba e fumaneng e bontšang hore motse oa Jeriko o ile oa thibelloa ka nako e khutšoanyane, feela joalokaha Bibele e bolela?
Mehleng ea boholo-holo, masole a ne a pota-pota marako a motse ho o thibella, a loketse ho o hlasela. Haeba motse o thibetsoe nako e telele, batho ba ne ba ja boholo ba lijo tseo ba li bolokileng. Ha masole a hapa motse oo, a ne a nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang ho akarelletsa le lijo tse setseng. Ke kahoo baepolli ba lintho tsa khale ba sa kang ba fumana lijo tse kaalo lithakong tsa metse ea Palestina e ileng ea hlaseloa ka tsela ena. Empa ba ile ba fumana se fapaneng lithakong tsa Jeriko. Biblical Archaeology Review e re: “Ba ile ba fumana lijana tsa letsopa le lijo-thollo tse ngata.” E phaella ka ho re: “Ke ho sa tloaelehang ho fumana lijo-thollo tse ngata hakaalo.”
Bibele e re Baiseraele ha baa ka ba nka lijo Jeriko hobane Jehova o ne a ba laetse hore ba se ke ba li nka. (Joshua 6:17, 18) E boetse e re Baiseraele ba ile ba hlasela Jeriko nakong ea selemo, ka mor’a kotulo ’me ho e-na le lijo-thollo tse ngata motseng. (Joshua 3:15-17; 5:10) Kahoo, taba ea hore ho ne ho ntse ho e-na le lijo-thollo tse ngata Jeriko ka mor’a hore e thibelloe, e bontša hore e ile ea thibelloa ka nako e khutšoanyane, feela joalokaha Bibele e boletse.
Na Molimo ke oa Sebele ho Uena?
Ka mohlala, bala boprofeta bo mabapi le kahlolo ea ho tsosolosa Jeriko ’me u nahane ka phethahatso ea bona. Joshua 6:26 e re: ‘Mohlang oo, Joshua a hlapanya, a re: Ho rohakoe pel’a Jehova motho ea tla tsosa le ho haha motse ona oa Jeriko; o tla o thea ka ho senyeheloa ke mor’a hae oa letsibolo, o tla tiisa likhoro tsa oona ka ho senyeheloa ke mor’a hae oa ho fela.’ Bo ile ba phethahala lilemo tse 500 hamorao, hoba ho 1 Marena 16:34 rea bala: ‘Mehleng ea Morena Akabe, Hiele oa Bethele a haha Jeriko, a o thea ka ho senyeheloa ke Abirame, mor’a hae e moholo, a tiisa likhoro tsa oona ka ho senyeheloa ke Segube, mor’a hae e monyenyane, ha e-ba joalokaha Jehova a na a boletse ka Joshua, mor’a Nune.’ Ke Molimo oa ’nete feela ea neng a ka bululela boprofeta bo joalo a ba a bona hore boa phethahala.
Seo Joshua a Ileng a se Hopola
JEHOVA o ile a re: “Mohlanka oa ka Moshe o shoele; joale ema, u tšele Jordane ena, uena le sechaba sena sohle, le kene naheng eo ke se fang eona.” (Joshua 1:2) Joshua o ne a emetsoe ke mosebetsi o mokaakang! E ne e bile mohlanka oa Moshe ka lilemo tse ka bang 40. Joale o ile a bolelloa hore a nke sebaka sa mong’a hae ’me a etelle bara ba Iseraele pele, bao hangata ba neng ba le likhathatso, ho ba kenya Naheng e Tšepisitsoeng.
Ha Joshua a ntse a sekaseka boikarabelo bo mo emetseng, mohlomong o ile a hopola liteko tseo a neng a ile a tobana le tsona a ba a li hlola. Ha ho pelaelo hore seo Joshua a ileng a se hopola se ile sa mo thusa haholo nakong eo, ’me se ka thusa Bakreste kajeno.
Lekhoba le Fetoha Molaoli
Joshua o ile a hopola lilemo tse ngata tseo e bileng lekhoba ka tsona. (Exoda 1:13, 14; 2:23) Kaha Bibele ha ea qaqisa litaba hantle, ha re tsebe sohle se ileng sa hlahela Joshua nakong eo. Ho ka etsahala hore ebe Joshua o ile a ithuta ho hlophisa lintho hantle ha a ntse a le Egepeta, ’me e ka ’na eaba o ile a thusa ha ho ne ho lokisetsoa hore Baheberu le “sehlopha se seholo se tsoakaneng” ba balehe naheng eo.—Exoda 12:38.
Joshua e ne e le oa moloko oa Efraime. Ntat’ae-moholo Elishama e ne e le morenana oa moloko ’me mohlomong e ne e le moeta-pele oa bahlabani ba 108 100 ba sehlopha se seng sa meloko e meraro sa Baiseraele. (Numere 1:4, 10, 16; 2:18-24; 1 Likronike 7:20, 26, 27) Leha ho le joalo, ha Baamaleke ba hlasela Baiseraele hang ka mor’a hore ba tlohe Egepeta, Moshe o ile a re Joshua a hlophise bahlabani. (Exoda 17:8, 9a) Ebe ke hobane’ng ha a ile a khetha Joshua ho e-na le ho khetha ntat’ae-moholo kapa ntat’ae? Maikutlo a ba bang ke ana: “Kaha [Joshua] e ne e le morenana oa leloko la Efraime le hlaheletseng, ebile e le motho ea tsebahalang ka bohlale ba hae ba ho hlophisa lintho, le eo batho ba mo tšepang ka ho feletseng, Moshe o ile a mo khethela ho ba moeta-pele ea tšoanelehang ka ho fetisisa ea neng a ka khetha le ho hlophisa bahlabani.”
Ho sa tsotellehe seo, ha a khethoa, o ile a etsa feela joalokaha Moshe a ne a mo laetse. Le hoja Baiseraele ba ne ba sa tsebe letho ka ntoa, Joshua o ne a kholisehile hore Molimo o tla ba thusa. Ka hona ha Moshe a re ho eena, “Hosasane ke tla ema holim’a leralla, ke tšoere molamu oa Molimo oa ’nete letsohong,” ha aa ka a tsilatsila. E tlameha ebe Joshua o ile a hopola hore Jehova o ne a sa tsoa ripitla lebotho le neng le le matlahali mehleng eo. Letsatsing le hlahlamang, ha Moshe a phahamisa matsoho ’me a sa a theole ho fihlela ha letsatsi le likela, lira ha lia ka tsa hlola Baiseraele, ’me Baamaleke ba ile ba hloloa. Eaba Jehova o laela Moshe hore a ngole seo bukeng ’me ‘moo Joshua a ntseng a utloa a bue’ taelo ena ea Hae e reng: “Ke tla hlakola ho hopoloa ha Amaleke ka ho feletseng tlas’a maholimo.” (Exoda 17:9b-14) Ha ho pelaelo hore Jehova o ne a tla etsa joalo.
Ha e le Mohlanka oa Moshe
E tlameha ebe se etsahalletseng Baamaleke se ile sa etsa hore Joshua le Moshe ba atamelane haholo. Joshua o ile a tlotloa ka ho ba mohlanka oa Moshe, kapa “mosebeletsi” oa hae “ho tloha bohlankaneng ba hae” ho fihlela lefung la Moshe, e leng nako ea lilemo tse ka bang 40.—Numere 11:28.
Mosebetsi oo oa hae o ne o akarelletsa mesebetsi e khethehileng le boikarabelo. Ka mohlala, ha Moshe, Arone, bara ba Arone le banna ba baholo ba 70 ba Iseraele ba ne ba nyolohela Thabeng ea Sinai ’me ba bona pono ea khanya ea Jehova, ho ka etsahala hore ebe Joshua o ne a le har’a bona. Kaha eena e ne e le mohlanka, o ile a nyolohela holingoana thabeng le Moshe ’me ho bonahala eka o ile a salla morao ha Moshe a koaheloa ke leru le neng le tšoantšetsa boteng ba Jehova. Se hlollang ke hore ho bonahala Joshua a ile a hlola thabeng matsatsi a 40 le masiu a 40. Ka botšepehi o ile a emela hore mong’a hae a khutle kaha e ile eare ha Moshe a theoha le matlapa a Bopaki, a fumana Joshua a mo emetse.—Exoda 24:1, 2, 9-18; 32:15-17.
Joshua o ile a ’na a sebeletsa Moshe tenteng ea pokano ka ntle ho liahelo ka mor’a hore Baiseraele ba kopanele borapeling ba namane ea khauta. Moo Jehova o ne a bua le Moshe lifahleho li talimane. Empa ha Moshe a ne a khutlela liahelong, Joshua “o ne a sa tlohe har’a tente.” Mohlomong ho ne ho hlokahala hore a be moo ho thibela Baiseraele hore ba se ke ba kena tenteng ba sa hloeka. Joshua o ne a nka boikarabelo boo ka botebo hakaakang!—Exoda 33:7, 11.
Rahistori Josephus o bolela hore Moshe o ne a le moholo ho Joshua ka lilemo tse 35, kahoo ho sebelisana le Moshe e tlameha ebe ho ile ha matlafatsa tumelo ea Joshua haholo. Ho ’nile ha boleloa hore tšebelisano ea bona e ne e le ea “motho ea holileng le e monyenyane, ea mosuoe le morutuoa,” e ileng ea fella ka hore Joshua e be “monna oa ’makhonthe.” Kajeno ha re na baprofeta ba kang Moshe, empa liphutheho tsa batho ba Jehova li na le ba holileng bao ka lebaka la tsebo ea bona le ho hola moeeng, e leng mohloli oa sebele oa matla le khothatso. Na oa ba ananela? Na ho ba har’a bona ho u tsoela molemo?
Ha e le Sehloela Kanana
Ketsahalo ea bohlokoa bophelong ba Joshua e bile nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba fuoe Molao. O ile a khetheloa ho emela leloko la habo ho ea hloela Naha e Tšepisitsoeng. Ena ke pale e tsebahalang. Lihloela tse 12 li ile tsa lumela kaofela hore naha eo ka sebele e ne e “phalla lebese le mahe a linotši” feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse. Leha ho le joalo, tse leshome tse se nang tumelo li ne li tšaba hore Baiseraele ba ke ke ba leleka baahi ba naha eo. Ke Joshua le Kalebe feela ba ileng ba phehella sechaba hore se se ke sa bontša borabele kapa sa tšoha kaha ruri Jehova o ne a tla ba le sona. Ha e utloa seo phutheho eohle e ile ea itlatlarietsa ’me ea bua ka hore e tla ba tlepetsa ka majoe. E ka be e hlile e ba tlepelitse hoja feela Jehova a se ke a kenella ka ho bontša khanya ea hae. Ka lebaka la ho haelloa ke tumelo, Molimo o ile a laela hore ha ho le ea mong ea ngolisitsoeng ho Baiseraele ba lilemo li 20 ho ea holimo eo ho neng ho tla kenoa Kanana a ntse a phela. Har’a bana ho ile ha pholoha Joshua, Kalebe le Balevi feela.—Numere 13:1-16, 25-29; 14:6-10, 26-30.
Na sechaba kaofela se ne se sa bona liketso tse matla tsa Jehova Egepeta? Joale, ke’ng e ileng ea etsa hore Joshua a lumele hore Molimo o tla ba thusa ha ba bangata ba ne ba belaela? E tlameha ebe Joshua o ne a hopola ka ho hlaka lintho tsohle tseo Jehova a neng a li tšepisitse le ho li etsa, ’me o ne a thuisa ka tsona. Lilemo ka morao ho moo o ne a ka re: ‘Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova a a boleletseng Baiseraele le hlolehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela.’ (Joshua 23:14) Ka hona, Joshua o ne a lumela hore litšepiso tsohle tseo Jehova a li entseng mabapi le bokamoso le tsona ka sebele li ne li tla phethahala. (Baheberu 11:6) Sena se lokela ho susumetsa motho hore a ipotse: ‘Na le ’na ke tšoana le Joshua? Na boiteko ba ka ba ho ithuta le ho nahanisisa ka litšepiso tsa Jehova bo nkholisitse hore li tla phethahala? Na kea lumela hore Molimo a ka mpholosa hammoho le batho ba hae matšoenyehong a maholo a tlang?’
Joshua o ile a bontša tumelo a ba a bontša sebete sa ho etsa se nepahetseng. Ke eena le Kalebe feela ba ileng ba ema ba tiile, ’me phutheho eohle e ile ea bua ka hore e tla ba tlepetsa ka majoe. U ne u tla ikutloa joang? U tšohile? Joshua ha aa ka a tšoha. Eena le Kalebe ba ile ba bolela ka tieo seo ba neng ba se lumela. Ho tla hlokahala hore re etse joalo ka letsatsi le leng haeba re tšepahala ho Jehova.
Pale ena ea lihloela e boetse e re bolella hore lebitso la Joshua le ile la fetoloa. Moshe o ile a khomeletsa lebitso la Hoshea le bolelang “Poloko” ka senoko sa lebitso la Molimo ’me a re ke Jehoshua, kapa Joshua—e leng “Jehova ke Poloko.” Septuagint e fetolela lebitso la hae e le “Jesu.” (Numere 13:8, 16) Joshua o ile a phelela lebitso leo le leholo ’me a bontša ka sebete hore Jehova ke poloko. Ho fetoloa ha lebitso la Joshua ha hoa etsoa ntle ho mabaka. Ho ile ha bontša hore Moshe o ne a ananela botho ba Joshua ’me a etsa hore le lumellane le mosebetsi oo Joshua a neng a tla o etsa oa ho kenya moloko o mocha Naheng e Tšepisitsoeng.
Baiseraele ba ile ba lelera lefeelleng ka lilemo tse 40 tse nyahamisang, ha bo-ntat’a bona bona ba ntse ba shoa lenyelenyele. Ha ho buuoe letho ka Joshua nakong ena. Leha ho le joalo, e tlameha ebe o ile a ithuta ho hongata. E ka ’na eaba o ile a bona ha Molimo a ahlola marabele e leng Kora, Dathane le Abirame hammoho le balateli ba bona le ba ileng ba kopanela borapeling bo litšila ba Baale oa Peore. Ha ho pelaelo hore o ile a utloa bohloko haholo ha a ne a utloa hore Moshe, monghali oa hae, le eena o ne a ke ke a kena naheng e tšepisitsoeng ka lebaka la ho hloleha ho halaletsa Jehova metsing a Meriba.—Numere 16:1-50; 20:9-13; 25:1-9.
O Khetheloa ho ba Mohlahlami oa Moshe
Ha Moshe a le haufi le ho shoa, o ile a kopa Molimo hore a khethe motho ea tla mo hlahlama e le hore Baiseraele ba se ke ba “tšoana le linku tse se nang molisa.” Jehova o ile a etsa’ng ka see? Ka pel’a phutheho eohle ho ne ho tla khethoa Joshua, “monna eo ho nang le moea ho eena.” Phutheho e ne e lokela ho mo mamela. Ho ne ho khethiloe motho ea loketseng hakaakang! Jehova o ne a bone hore Joshua o na le tumelo le bokhoni. Baiseraele ba ne ba tla etelloa pele ke motho ea tšoanelehang ka ho fetisisa. (Numere 27:15-20) Leha ho le joalo, Moshe o ne a tseba hore Joshua o tobane le mathata a maholo. Kahoo Moshe o ile a khothatsa mohlahlami enoa oa hae hore a be ‘sebete ’me a be matla,’ etsoe Jehova o ne a tla tsoela pele a e-na le eena.—Deuteronoma 31:7, 8.
Molimo ka boeena o ile a pheta khothatso eo ho Joshua, ’me a phaella ka ho re: “Hlokomela ho etsa ka molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a u laetseng oona. U se ke ua o kheloha ho ea ka ho le letona kapa ho ea ka ho le letšehali, e le hore u ka etsa ka bohlale hohle moo u eang teng. Buka ena ea molao ha ea lokela ho tloha molomong oa hao, ’me u e bale ka lentsoe le tlase bosiu le motšehare, e le hore u ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngoliloeng ho eona; etsoe ka ho etsa joalo u tla atlehisa tsela ea hao ’me ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale. Na ha kea u laela? E-ba sebete ’me u be matla. U se ke ua haroha letsoalo kapa ua tšoha, etsoe Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u eang teng.”—Joshua 1:7-9.
Joshua ha aa ka a belaela hobane mantsoe a Jehova a ne a ntse a luma litsebeng tsa hae ’me hape o ne a se a e-na le tsebo e ngata. O ne a kholisehile hore ba tla hapa naha. Ho hlakile hore mathata a ne a tla ba teng, ’me har’a ’ona, bothata ba pele e ne e le ho tšela Noka ea Jordane e jele litlhokoa. Leha ho le joalo, Jehova ka boeena o ne a laetse a itse: “Ema, u tšele Jordane ena.” Kahoo, ho ne ho se na bothata.—Joshua 1:2.
Liketsahalo tse latellanang ka potlako bophelong ba Joshua—e leng ho haptjoa ha Jeriko, ho hapa lira tsa bona hanyane ka hanyane le ho abuoa ha naha—li senola hore ha aa ka a lebala litšepiso tsa Molimo. Ha Joshua a se a le haufi le ho shoa, ’me Jehova a phomolitse Baiseraele lireng tsa bona, o ile a phutha sechaba ho se hopotsa kamoo Molimo a ileng a sebelisana le sona kateng le ho se khothalletsa hore se Mo sebeletse ka pelo eohle. Ka lebaka leo, Baiseraele ba ile ba nchafatsa selekane sa bona le Jehova ka tieo, ’me kaha ntle ho pelaelo ba ne ba susumelitsoe ke mohlala oa moeta-pele oa bona, ba ile “ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka matsatsi ’ohle a Joshua.”—Joshua 24:16, 31.
Joshua o re behetse mohlala o babatsehang. Kajeno Bakreste ba tobana le lintho tse ngata tse lekang tumelo ea bona. Ke habohlokoa hore re li hlole e le hore re tle re amoheloe ke Jehova ’me qetellong re fumane seo a se tšepisitseng. Joshua o ile a atleha ka lebaka la tumelo ea hae e matla. Ke ’nete hore ha rea bona liketso tse matla tsa Molimo joaloka Joshua, empa haeba motho a belaela, buka ea Bibele ea Joshua e fana ka bopaki ba motho ea boneng hore seo Jehova a se buileng sea tšepahala. Le rona joaloka Joshua, re tiisetsoa hore re tla fumana bohlale le katleho haeba re bala Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng ’me re le hlokolosi hore rea le sebelisa.
Na ka linako tse ling u utloisoa bohloko ke boitšoaro ba Bakreste ba bang? Nahana ka mamello ea Joshua lilemong tse 40 tseo ka tsona a ileng a tlameha ho lelera lefeelleng le batho ba se nang tumelo, feela a se na molato. Na u thatafalloa ke ho emela tumelo ea hao? Hopola se ileng sa etsoa ke Joshua le Kalebe. Ba ile ba fumana moputso o babatsehang ka lebaka la tumelo ea bona le kutlo. Ha ho pelaelo hore ka sebele Joshua o ne a e-na le tumelo ea hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae. E se eka le rona re ka ba le tumelo e joalo.—Joshua 23:14.
Karete ea Bibele e websaeteng
Joshua
KARETE EA BIBELE 1
LI BOKELLENG ’ME LE ITHUTE
JOSHUA
PALE EA HAE EA BOPHELO Ke mora oa Nune. E ne e le mosebeletsi oa Moshe ’me hamorao a khethoa hore e be moeta-pele oa Baiseraele. (Exoda 33:11; Deuteronoma 34:9; Joshua 1:1, 2) Ka sebete, Joshua o ile a etella batho ba Molimo pele ho ba isa Naheng e Tšepisitsoeng. O ile a tšepa litšepiso tsa Jehova, a mamela litaelo tsa hae ’me a mo sebeletsa ka botšepehi.
LIPOTSO
A. Joshua le lebotho la hae ba ile ba liha marako a Jeriko joang?
B. Qetella mantsoe ana a Joshua: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, . . . ”
C. Joshua o ne a tsejoa ka lebitso lefe le leng?
LIKARABO
A. Ba ile ba mamela Molimo ’me ba pota motse.—Joshua 6:1-27.
B. “. . . re tla sebeletsa Jehova.”—Joshua 24:15.
C. Hoshea le Jehoshua.—Numere 13:8, 16.
[Lilemo]
4026 B.C.E. Adama oa boptjoa
O phetse lilemong tsa bo-1500 B.C.E
1 C.E.
98 C.E. Buka ea ho qetela ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
Ha ba tloha Egepeta ba ea Naheng e Tšepisitsoeng
EGEPETA
NAHA E TŠEPISITSOENG
KHAOLO EA 14
O Ile a Khetha ho ba ka Lehlakoreng la Jehova
Ho Ile ha “Boleloa Hore o Lokile ka Mesebetsi”
Rahaba e ne e le letekatse. Pele, seo se ile sa tšosa bahlalosi ba bang ba Bibele hoo ba ileng ba re Rahaba e ne e mpa feela e le mohlokomeli oa ntlo ea baeti. Leha ho le joalo, Bibele eona e bua ka ho hlaka ebile ha e pate seo e leng ’nete. (Joshua 2:1; Baheberu 11:31; Jakobo 2:25) Ho bonahala mosebetsi oa Rahaba o ne o amoheleha ho batho ba Kanana. Le hoja moetlo oa habo Rahaba o ne o lumella botekatse, seo ha se bolele hore letsoalo la hae—e leng ntho eo Jehova a e kentseng ka hare ho rona, e re thusang ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng—le ne le sa mo tšoenye. (Baroma 2:14, 15) E ka ’na eaba Rahaba o ne a hlajoa ke lihlong ka lebaka la tsela eo a neng a phela ka eona. Ho tšoana le batho ba bangata kajeno ba phelang bophelo bo joalo, mohlomong o ne a sa tsebe hore na o tla tsoa joang, a se na boikhethelo haeba a ne a batla ho hlokomela lelapa la hae.
Ha ho pelaelo hore Rahaba o ne a batla ho fetola bophelo ba hae. Motse oa habo o ne o tletse pefo le boitšoaro bo bobe bo akarelletsang ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi le ho robala le liphoofolo. (Levitike 18:3, 6, 21-24) Bolumeli ke bona bo neng bo etsa hore ho ate lintho tseo tse mpe naheng eo. Litempeleng ho ne ho etsoa botekatse ’me borapeli ba melimo ea bodemona e kang Baale le Moloke bo ne bo akarelletsa ho etsa mahlabelo a secheso ka bana ba ntseng ba phela.
Jehova o ne a bona lintho tsohle tse neng li etsahala Kanana. Ha e le hantle, ha a bua ka tse ling tsa lintho tse ngata tse mpe tse neng li etsoa Kanana, Jehova o ile a re: “Naha ha ea hloeka, ’me ke tla e tlisetsa kotlo bakeng sa phoso ea eona, ’me naha e tla hlatsa baahi ba eona.” (Levitike 18:25) “Kotlo bakeng sa phoso ea eona” e ne e bolela’ng? Molimo o ile a fa Baiseraele tšepiso ena: “Ka sebele Jehova Molimo oa hao o tla sutumetsa lichaba tsena hore li be hole le uena hanyane ka hanyane.” (Deuteronoma 7:22) Lilemo tse makholo pele ho moo, Jehova o ile a tšepisa lelapa la Abrahama hore o tla le fa naha eo ’me ‘Molimo a ke ke a bua leshano.’—Tite 1:2; Genese 12:7.
Leha ho le joalo, Jehova o ile a boela a laela hore lichaba tse ling naheng eo li ne li tla felisoa ka ho feletseng. (Deuteronoma 7:1, 2) Kaha ke “Moahloli [ea lokileng] oa lefatše lohle” o ne a tseba se ka pelong ea motho e mong le e mong a bile a tseba hantle kamoo bokhopo le boitšoaro bo litšila li neng li metse ka metso kateng. (Genese 18:25; 1 Likronike 28:9) Rahaba o ne a ikutloa joang ka ho lula motseng oo o nyonyehang hakaalo? Re ka inahanela feela hore na o ne a ikutloa joang ha litaba tsa Baiseraele li ntse li fihla litsebeng tsa hae. O ile a ithuta hore Molimo oa Iseraele o ile a etella pele sechaba sa hae—makhoba a neng a hateletsoe—hore se hlole lebotho la Egepeta le neng le le matla ka ho fetisisa lefatšeng ka nako eo. Joale Baiseraele ba ne ba le mothating oa ho hlasela Jeriko! Ho ntse ho le joalo, batho ba motse oo ba ne ba ntse ba tsitlallela ho etsa bokhopo. Rea bona hore na ke hobane’ng ha Bibele e re batho ba habo Rahaba ba Bakanana ‘ba ile ba etsa ka ho se mamele.’—Baheberu 11:31.
it “Letekatse” ¶16
Letekatse
Rahaba. Rahaba ke mohlala oa motho eo e neng e le letekatse, ea ileng a bontša hore o na le tumelo ho Molimo eaba o nkoa a lokile. (Jak 2:25) Banna bao Joshua a neng a ba romme ho ea hloela Jeriko ba ile ba fihlela ha Rahaba. (Jos 2:1) Ke ntho e sa utloahaleng ho nahana hore ba ne ba ile ha hae ho ea etsa boitšoaro bo bobe. Ha Moprofesa C. F. Keil le Moprofesa F. Delitzsch ba bua ka morero oa banna bao bukeng ea Commentary on the Old Testament, ba ile ba re: “Ha ba kene ha motho ea joalo, batho ba ne ba ke ke ba ba belaella hakaalo hore ke lihloela. Hape ntlo ea Rahaba e ne e le lerakong la motse moo lihloela li neng li ka baleha habonolo. Molimo o ile a kenella leetong la tsona. Li ile tsa fumana moetsalibe ea neng a loketse ho li thusa hore li ka atleha. O ne a anngoe haholo ke mehlolo eo Molimo a neng a e etselitse Baiseraele. Kaha o ne a e-na le tšepo e matla ho Molimo oa Baiseraele, o ile a susumeletseha ho bolella lihloela tseo hore Bakanana ba ba tšohile haholo, a ba a li pata le hoja seo se ile sa beha bophelo ba hae kotsing.” (1973, Vol. II, Joshua, leq. 34) Molimo o ile a re Baiseraele ba ne ba lokela ho leleka Bakanana ka lebaka la boitšoaro bo bobe boo ba neng ba bo etsa. Hape o ile a hlohonolofatsa Baiseraele ka hore ba hlole Jeriko a ba a hlohonolofatsa le Rahaba. Kahoo e ne e ke ke ea e-ba ntho e utloahalang ho nahana hore lihloela li ile tsa etsa boitšoaro bo bobe le Rahaba le hore o ile a tsoela pele a bo etsa ka mor’a moo.—Le 18:24-30.
it “Folakse” ¶2-4
Folakse
Ke semela seo esale se lengoa ho tloha mehleng ea boholo-holo ebile se sebelisetsoa ho etsa lesela la line. Folakse (Linum usitatissimum) e ka ba bolele ba limithara tse 0,3 ho ea ho tse 1,2. Se hola se e-na le lehlaka le lelelele le le lesesaane, se ba le makala moo se fellang ebile se na le makhasi a matala. Qetellong ea lekala ka leng hona le palesa e makhasi a mahlano a boputsoa bo loileng kapa bo sa loeang (ha se hangata a bang masoeu).—SETŠOANTŠO, Vol. 1, leq. 544.
Ha semela sa folakse “se se se thuntse,” seo se ne se bontša hore se loketse ho kotuloa. (Ex 9:31) Se ne se kotuloa ka ho fotholoa kapa ka ho ntšoa ka mohoma ebe ka mor’a moo sea omisoa. Ho ka etsahala hore ebe mahlaka a folakse a neng a le marulelong a ntlo ea Rahaba motseng oa Jeriko a ne a behiloe moo ka lona lebaka leo.—Jos 2:6.
Tsela eo ka eona Baheberu ba neng ba etsa khoele ho tsoa ho folakse e lumellana le tlhaloso eo Pliny ea phetseng lekholong la pele la lilemo a ileng a fana ka eona bukeng ea hae e bitsoang Natural History (XIX, III, 17, 18). Litšoantšo tsa khale tse bolokiloeng Beni Hasan Egepeta le tsona li lumellana le tlhaloso ena. Ka mor’a ho tlosa peo, mahlaka a folakse a ne a tšeloa ka metsing ebe ho behoa majoe holim’a ’ona e le hore a se ke a phaphamala. Ha lehlaka la folakse le ntse le monya metsi, karolo ea lona e thata e ka ntle ea bola ebe ho sala karolo e ka hare e likhoele. Ha karolo e ka ntle e se e bolile ’me lehlaka le se le le bonolo, le ne le ntšoa ka metsing ebe le behoa letsatsing, le ntse le phetholoa ho fihlela le se le omme. Ka mor’a moo folakse eo e ne e tuloa ka hamore holim’a lejoe ebe likhoele lia aroloa le ho hloekisoa ka ho kangoa. Likhoele tsa boleng bo tlase tse neng li le pel’a bokantle ba lehlaka li ne li sebelisetsoa ho etsa likhoele tsa mabone. (sheba Esa 42:3; 43:17; Mat 12:20) Likhoele tse ka har’a lehlaka tse tšoeu le tsa boleng bo botle tsona li ne li hohlanngoa lejoeng le thata e le hore e ka ba khareng e ntle.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Joshua
2:4, 5—Ke hobane’ng ha Rahaba a thetsa banna ba morena ba ntseng ba batla lihloela? Rahaba o sireletsa lihloela ka ho beha bophelo ba hae kotsing hobane o se a e-na le tumelo ho Jehova. Ka hona, ha a tlangoe ke letho ho bolella banna bao ba batlang ho lematsa batho ba Molimo hore na lihloela li hokae. (Matheu 7:6; 21:23-27; Johanne 7:3-10) Ha e le hantle, Rahaba o ile a “boleloa hore o lokile ka mesebetsi,” e akarelletsang ho lahla manģosa ao a morena.—Jakobo 2:24-26.
U Lokela ho ba Hokae ha Bofelo bo Fihla?
HA JEHOVA a felisa tsamaiso ea lintho ea hona joale e khopo ka Armagedone, ho tla etsahala’ng ka batho ba lokileng? Liproverbia 2:21, 22 e araba tjena: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”
Leha ho le joalo, ba sa tšoauoeng phoso ba tla sala joang holim’a lefatše? Na ho tla ba le sebaka seo ba tšabelang ho sona? Ba lokileng ba lokela ho ba hokae ha bofelo bo fihla? Litlaleho tsa Mangolo tse ’nè tse buang ka ho pholoha li hlakisa litaba tsena.
Nakong eo Sebaka e Neng e le Ntho ea Bohlokoa
Mabapi le ho lopolloa ha mopatriareka Noe le mopatriareka Lota, re bala se latelang ho 2 Petrose 2:5-7: “[Molimo ha aa] ka a ithiba ho faneng ka kotlo ho lefatše la boholo-holo, empa a sireletsa Noe, ’moleli oa ho loka, hammoho le ba bang ba supileng ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo; ’me ka ho fetola metse ea Sodoma le Gomora molora a e ahlola, a behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla; ’me a lopolla Lota ea lokileng, ea neng a ba mahlomoleng haholo ke ho inehella boitšoaro bo hlephileng ha batho ba nyelisang molao.”
Noe o ile a pholoha Moroallo joang? Molimo o ile a re ho Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka, hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona; ’me bona! ke tla ba felisa hammoho le lefatše. Iketsetse areka ka lehong la sefate se ntšang boroku.” (Gen. 6:13, 14) Noe o ile a haha areka feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. Matsatsi a supileng pele Moroallo o qala, Jehova o ile a mo laela hore a bokellele liphoofolo ka arekeng le hore eena hammoho le lelapa la hae ba kene ka ho eona. Ka letsatsi la bosupa, monyako o ile oa koaloa ka mor’a Noe, ’me “pula ea litloebelele ea tsoela pele ho na lefatšeng ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.” (Gen. 7:1-4, 11, 12, 16) Noe le lelapa la hae ‘ba ile ba pholosoa ba sireletsehile metsing.’ (1 Pet. 3:20) Ba ne ba lokela ho ba ka arekeng haeba ba ne ba batla ho pholoha. Ho ne ho se sebaka se seng lefatšeng seo ba neng ba ka sireletseha ho sona.—Gen. 7:19, 20.
Lota eena o ile a fuoa litaelo tse batlang li fapane. Mangeloi a mabeli a ile a mo bolella hore na o ne a sa lokela ho ba sebakeng sefe. Mangeloi ao a mabeli a ile a re ho Lota: “Bohle bao e leng ba hao motseng [oa Sodoma], u ba ntše sebakeng sena! Etsoe re tlil’o felisa sebaka sena.” Ba ne ba lokela ho ‘balehela sebakeng se lithaba.’—Gen. 19:12, 13, 17.
Se etsahalletseng Noe le Lota se bontša hore “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo.” (2 Pet. 2:9) Liketsahalong tsena tse peli, ho pholoha ha bona ho ne ho itšetlehile ka hore na ba sebakeng sefe. Noe o ne a lokela ho kena ka arekeng; athe Lota eena o ne a lokela ho tsoa motseng oa Sodoma. Empa na ho joalo kamehla? Na Jehova a ka sireletsa batho ba lokileng kae kapa kae moo ba leng teng, ho sa hlokahale hore ba ee sebakeng se seng? E le ho araba potso eo, ak’u hlokomele litlaleho tse ling tse peli tsa batho ba ileng ba pholosoa.
Na Kamehla ke Habohlokoa Hore na Motho o Sebakeng Sefe?
Pele Jehova a baka tšenyo Egepeta ka ho tlisa kotlo ea leshome mehleng ea Moshe, O ile a laela Baiseraele hore ba qaphaletse mali a liphoofolo tsa Paseka likarolong tse ka holimo tsa menyako le likoseneng tsa matlo a bona. Hobane’ng? E le hore ‘ha Jehova a ne a feta ho ea otla Baegepeta ’me a bona mali a karolong e ka holimo ea monyako le likoseneng tse peli tsa monyako, ka sebele Jehova o ne a ka feta monyako oo, ’me a se ke a lumella hore tšenyo e kene ka matlung a bona ho ba otla.’ Bosiung bona boo, “Jehova a otla letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta, ho tloha ho letsibolo la Faro ea lutseng teroneng ea hae ho isa ho letsibolo la moholehuoa ea mokoting oa chankana, le letsibolo le leng le le leng la phoofolo.” Matsibolo a Baiseraele a ile a pholosoa ho sa hlokahale hore ho be le le eang sebakeng se seng.—Ex. 12:22, 23, 29.
Nahana le ka taba ea Rahaba oa letekatse ea neng a lula motseng oa Jeriko. Baiseraele ba ne ba tla tloha ba qala ho hapa Naha e Tšepisitsoeng. Ha Rahaba a hlokomela hore Jeriko e tla timetsoa, o ile a bolella lihloela tse peli tsa Baiseraele hore batho ba motse oo ba ne ba tšohile hoo ba neng ba feletsoe ke matla ka lebaka la Baiseraele ba neng ba ntse ba atamela. O ile a pata lihloela tseo a ba a li kopa hore li mo hlapanyetse hore eena hammoho le lelapa labo lohle ba ne ba tla sireletsoa ha Jeriko e timetsoa. Lihloela tseo li ile tsa laela Rahaba hore a bokelle ba lelapa labo ntlong ea hae e neng e le lerakong la motse. Haeba ba ne ba ka tsoa ka tlung ba ne ba tla timetsoa le batho ba bang kaofela ba motse. (Josh. 2:8-13, 15, 18, 19) Leha ho le joalo, hamorao Jehova o ile a bolella Joshua hore “lerako la motse le tla oa putla!” (Josh. 6:5) Sebaka seo lihloela li neng li boletse hore ba tla sireletseha ha ba le ho sona, joale ho ne ho bonahala se le kotsing. Rahaba le ba lelapa labo ba ne ba tla pholosoa joang?
Ha nako ea ho hapa Jeriko e fihla Baiseraele ba ile ba hooa ’me ba tsoela pele ho letsa manaka. Joshua 6:20 e re: “Eitse hang ha sechaba [sa Iseraele] se utloa molumo oa lenaka . . . sechaba sa qala ho etsa mohoo o moholo oa ntoa, eaba lerako le qala ho oa putla!” Ho ne ho se ho se motho ea neng a ka thibela ho lihuoa ha lerako. Leha ho le joalo, ka mohlolo, lerako la motse le neng le heleha le ile la emisa ha le fihla ntlong ea Rahaba. Joshua o ile a laela lihloela tse peli a re: “Kenang ntlong ea mosali eo oa letekatse, ’me le ntše mosali eo le bohle ba hae, feela joalokaha le mo hlapanyelitse.” (Josh. 6:22) Bohle ba neng ba le ka ntlong ea Rahaba ba ile ba pholoha.
Ke Sefe Seo e Neng e le sa Bohlokoa Haholo?
Ke sefe seo re ka ithutang sona ka ho lopolloa ha Noe, Lota, le Baiseraele mehleng ea Moshe le Rahaba? Litlaleho tsee li re thusa joang hore re bone hore na re lokela ho ba hokae ha bofelo ba tsamaiso ee e khopo ea lintho bo fihla?
Ke ’nete hore Noe o ile a pholoha ka hore a be ka arekeng. Empa ke hobane’ng ha a ne a le ka ho eona? Na ha se hobane a ne a bontša tumelo a bile a mamela? Bibele e re: ‘Noe o ile a etsa ho ea ka sohle seo Molimo a neng a mo laetse sona. A fela a etsa joalo.’ (Gen. 6:22; Baheb. 11:7) Rona re etsa joang? Na re etsa sohle seo Molimo a re laetseng sona? Noe e ne e boetse e le “’moleli oa ho loka.” (2 Pet. 2:5) Na re cheseha joaloka eena mosebetsing oa boboleli, esita le haeba batho ba tšimong ea rona ba sa batle ho mamela?
Lota o ile a pholoha timetso ka hore a balehe Sodoma. O ile a pholoha hobane o ne a lokile mahlong a Molimo ebile o ne a ba mahlomoleng haholo ka lebaka la boitšoaro bo hlephileng ba batho ba Sodoma le Gomora ba neng ba nyelisa molao. Na boitšoaro bo hlephileng bo atileng hakaale kajeno bo hlile bo etsa hore re be mahlomoleng? Kapa re se re bo tloaetse hoo bo seng bo sa re tšoenye? Na re etsa sohle se matleng a rona hore re fumanoe re ‘se na letheba ebile re se na sekoli ’me re le khotsong’?—2 Pet. 3:14.
E le hore Baiseraele ba neng ba le Egepeta le Rahaba ea neng a le Jeriko ba pholohe, ho ne ho hlokahala hore ba lule ka matlung a bona. Ho ne ho hlokahala hore ba be le tumelo ba be ba mamele. (Baheb. 11:28, 30, 31) Nahana feela hore na e tlameha ebe lelapa le leng le leng la Baiseraele le ne le lutse le behile leihlo matsibolo a lona joang ha ho ne ho “qaleha seboko se seholo” lelapeng le leng le leng la Baegepeta. (Ex. 12:30) Ak’u nahane feela hore na e tlameha ebe Rahaba le ba lelapa labo ba ile ba mamarelana hakaakang ha ba utloa ho heleha ha marako a Jeriko ho ntse ho atamela. Ho ne ho hlokahala hore a be le tumelo e matla e le hore a tsoele pele a mamela le hore a lule ka tlung eo.
Haufinyane lefatše le khopo la Satane le tla felisoa. Re ntse re e-s’o tsebe hore na Jehova o tla sireletsa batho ba hae joang ‘letsatsing la bohale ba hae.’ (Sof. 2:3) Ho sa tsotellehe hore na re tla be re le hokae le hore na boemo ba rona e tla be e le bofe ka nako eo, empa re ka kholiseha hore ha re na le tumelo ho Jehova re bile re mo mamela re tla pholoha. Hona joale, re lokela ho ba le maikutlo a loketseng mabapi le seo boprofeta ba Esaia bo reng ke ‘likamore tsa rona tse ka hare.’
“Kena Likamoreng Tsa Hao Tse ka Hare”
Esaia 26:20 e re: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, ’me u koale mamati ka mor’a hao. Ipate ka motsotsoana ho fihlela nyatso e feta.” E ka ’na eaba boprofeta bona bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele ka 539 B.C.E. ha Bamede le Bapersia ba ne ba hlola Babylona. Ho bonahala eka ka mor’a hore Cyruse Mopersia a kene Babylona, o ile a laela motho e mong le e mong hore a lule ka tlung hobane masole a hae a ne a laetsoe hore a bolaee motho ofe kapa ofe ea neng a tla fumanoa a le ka ntle.
Mehleng ea rona, ‘likamore tse ka hare’ tsa boprofeta bona li ka ’na tsa amahanngoa haufi le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 100 000 tse lefatšeng lohle. Liphutheho tsena ke tsa bohlokoa haholo bophelong ba rona. Li tla tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa ho pholletsa le ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšen. 7:14) Batho ba Molimo ba laeloa hore ba kene ka ‘likamoreng tsa bona tse ka hare’ le hore ba ipate “ho fihlela nyatso e feta.” Ke habohlokoa haholo hore re loanele ho ba le maikutlo a matle ka phutheho, re lule re e-na le ’ona re be re ikemisetse ka matla hore re ’ne re tsamaisane le eona. Re lokela ho hopola keletso ena ea Pauluse e reng: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rona, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha [re] bona letsatsi le ntse le atamela.”—Baheb. 10:24, 25.
ijwis sehlooho sa 11
Rahaba o Mamela Litaelo
PALE EA BIBELE E TSAMAISANANG LE LITŠOANTŠO
[Ketsahalo ea 1]
[Moqolotsi:] JOSHUA O ILE A ROMA LIHLOELA TSE PELI HORE LI E’O HLAHLOBA MOTSE OA JERIKO E LENG O MONG OA METSE EO JEHOVA A ILENG A BOLELLA BAISERAELE HORE BA O HLASELE.
[’Mè oa Rahaba:] RAHABA, BATHO BOHLE MOTSENG BA BUA KA BAISERAELE. BA KA ’NA BA RE HLASELA NENG KAPA NENG.
[Rahaba:] U SE KE OA TŠOENYEHA ’MÈ OA KA. LINTHO LI TL’O LOKA . . . CHE, KE TŠEPA JOALO.
[Ketsahalo ea 2]
[Moqolotsi:] LIHLOELA TSE PELI TSA BAISERAELE LI ILE TSA EA MOO RAHABA A LULANG.
[Sehloela sa 1:] REA LEBOHA KA LIJO. HOSANE RE TLA TSAMAEA ESALE HOSENG.
[Monna ea hlometseng:] RAHABA!
NTŠA BANNA BAO! BA TLETSE HO TLA HLOELA NAHA.
[Ketsahalo ea 3]
[Ketsahalo ea 4]
[Rahaba:] TLOHONG.
[Ketsahalo ea 5]
[Moqolotsi:] RAHABA O ILE A PATA LIHLOELA TSEO KA TLAS’A MAHLAKA A FOLAKSE A NENG A LE KA HOLIM’A NTLO.
[Rahaba:] E, BA ILE BA TLA HO ’NA EMPA BA TSAMAILE. HA KE TSEBE HORE NA BA ILE HOKAE.
[Rahaba:] HA LE KA BA LELEKISA, LE TLA BA FUMANA.
[Ketsahalo ea 6]
[Rahaba:] BA TSAMAILE.
[Ketsahalo ea 7]
[Rahaba:] JEHOVA MOLIMO OA LONA KE MOLIMO HOLIMO MAHOLIMONG LE TLASE LEFATŠENG.
[Rahaba:] KE KOPA HORE LE NTŠEPISE KA LEBITSO LA JEHOVA HORE HA LE HLASELA JERIKO, LE TLA PHOLOSA ’NA LE BA LELAPA LESO.
[Sehloela sa 2:] HAEBA U SA BOLELLE BATHO HORE NA RE NE RE TLETSE’NG MONA, RE TLA U PHOLOSA LE LELAPA LENO.
[Sehloela sa 1:] E LE HORE LE PHOLOHE, LE SE KE LA TSOA KA TLUNG ’ME U TLAME THAPO E KHUBELU FENSETERENG.
[Ketsahalo ea 8]
[Moqolotsi:] BAISERAELE BA ILE BA POTOLOHA JERIKO KA MATSATSI A TŠELETSENG. KA LETSATSI LA BOSUPA, BA ILE BA E POTOLOHA KA MAKHETLO A SUPILENG.
[Moqolotsi:] HA BAPRISTA BA LETSA MANAKA A BONA ’ME BATHO BA HOELETSA, MARAKO A ILE A PUTLAMA EABA BAISERAELE BA HAPA JERIKO.
[Ketsahalo ea 9]
[Sehloela sa 1:] RAHABA, U LATETSE LITAELO TSA RONA!
[Rahaba:] ’ME KA THUSO EA JEHOVA, RE PHOLOHILE!
[Moqolotsi:] RAHABA E ILE EA E-BA MOHOLO-HOLO OA JESU KRESTE. (SHEBA MATHEU 1:1, 5.) PALENG E LATELANG, ITHUTE KA MOSALI E MONG EA TŠEPAHALANG, EO E ILENG EA E-BA MOHOLO-HOLO OA JESU.
[LEBOKOSE]
RE ITHUTA’NG PALENG EE?
RAHABA O NE A LOKELA HO LATELA LITAELO LIFE E LE HORE A PHOLOHE?
NTLHA E THUSANG: JOSHUA 2:14, 18-20.
KE HOBANE’NG HA RAHABA A NE A LOKELA HO BA SEBETE E LE HORE A LATELE LITAELO TSEO?
NTLHA E THUSANG: JOSHUA 2:3, 22.
U NAHANA HORE KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA HORE U LATELE LITAELO TSOHLE TSA MOLIMO?
NTLHA E THUSANG: DEUTERONOMA 5:29; LIPROVERBIA 3:1, 2.
KHAOLO EA 15
Ba Ile ba Mamella Mathata Hammoho
ia 39 ¶23, nal.
“Ke Tla ea Moo u Eang Teng”
23 Ha basali bana ba babeli ba se ba fumane bolulo Bethlehema, Ruthe o ile a qala ho nahana hore na a ka etsa’ng e le hore a iphelise le hore a hlokomele Naomi. O ile a utloa hore Molao oo Jehova a o fileng batho ba hae Iseraele o ne o akarelletsa tokisetso e lerato bakeng sa mafutsana. Mafutsana a ne a lumelloa ho ea masimong ka nako ea kotulo ’me a sale bakotuli morao e le hore a khoahlapise lijalo tseo bakotuli ba neng ba li siea ka morao le tse neng li metse ka thoko ho masimo.—Lev. 19:9, 10; Deut. 24:19-21.
[Naletsana]
Ona e ne e le molao o tsotehang, ka sebele ho ne ho se na molao o tšoanang le ona naheng ea habo Ruthe. Mehleng eo, Linaheng Tsa Bochabela bo Hare, bahlolohali ba ne ba tšoaroa hampe. Buka e ’ngoe e re: “Ka mor’a lefu la monna oa hae, hangata mohlolohali o ne a hlokomeloa ke bara ba hae; haeba a se na bona ho ne ho ka hlokahala hore a ithekise hore e be lekhoba, a rekise ’mele, kapa a bolaoe.”
“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”
17 O ile a botsa, “U mang?” Ruthe o ile a araba, mohlomong ka lentsoe le thothomelang, a re: “Ke ’na lekhabunyane la hao Ruthe, u apese lekhabunyane la hao seaparo sa hao, kaha u morekolli.” (Ruthe 3:9) Bahlalosi ba bang ba mehleng ena ba batla ho fana ka maikutlo a hore liketso tsa Ruthe le mantsoe a hae li ne li bontša hore o ne a batla ho kopanela liphate le Boaze, empa ba hlokomoloha lintlha tse peli tse bonolo. Ea pele, Ruthe o ne a etsa e ’ngoe ea litloaelo tsa mehleng eo, tseo boholo ba tsona li seng li sa etsoe kajeno. Kahoo, e ka ba phoso hore re bapise liketso tsa hae le tsela ea boitšoaro bo hlephileng kajeno. Ea bobeli, tsela eo Boaze a ileng a arabela ka eona e ile ea bontša ka ho hlaka hore o ne a se a hlokometse hore boitšoaro ba Ruthe bo hloekile ebile boa babatseha.
18 Ha Boaze a bua, ha ho pelaelo hore lentsoe la hae le bonolo le le khathollang le ile la tšelisa Ruthe. O ile a re: “E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa, morali oa ka. U bontšitse mosa oa hao o lerato hamolemo lekhetlong la ho qetela ho feta lekhetlong la pele, ka ho se sale bahlankana morao ebang ke ba tlase kapa ba ruileng.” (Ruthe 3:10) ‘Lekhetlo la pele’ ke ha Ruthe a ne a bontša lerato ka botšepehi ka ho khutlela le Naomi Iseraele le ka ho mo hlokomela. ‘Lekhetlo la ho qetela’ ke ketsahalong eona ena. Boaze o ile a hlokomela hore mosali e mocha joaloka Ruthe a ka be a ile a ipatlela monna har’a banna ba bacha, ebang ke barui kapa mafutsana. Ho e-na le hoo, Ruthe o ne a batla ho etsa se molemo, eseng ho Naomi feela empa le ho monna oa Naomi ea shoeleng, o ne a batla ho tsosetsa monna eo ea shoeleng lebitso naheng ea habo. Ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha Boaze a ile a khahloa ke boitelo ba mosali enoa e mocha.
Mantsoe a Khothatsang!
“MOSALI.” Jesu o ne a atisa ho sebelisa lentsoe lena ha a bua le batho ba bong bo fapaneng. Ka mohlala, ha a ne a folisa mosali e mong ea qetileng lilemo tse 18 a finahane, o ile a re ho eena: “Mosali, u lokolotsoe bofokoling ba hao.” (Luka 13:10-13) Jesu o ile a boela a bitsa ’mè oa hae ka tsela ena, kaha mehleng ea Bibele e ne e nkoa e le ho bontša tlhompho. (Joh. 19:26; 20:13) Empa ho ne ho e-na le lentsoe le leng le neng le bontša tlhompho le ho feta.
Bibele e sebelisa lentsoe le leng le bontšang mosa ha e bua ka basali ba itseng. Jesu o ile a le sebelisa ha a bua le mosali ea neng a khathalitsoe ke phallo ea mali ka lilemo tse 12. Kaha o ne a sa hloeka, tsela eo a ileng a atamela Jesu ka eona e ne e sa amohelehe ho ea ka Molao oa Molimo. Ba bang ba ka ’na ba re o ne a sa lokela ho ba har’a batho ka lebaka la boemo ba hae. (Lev. 15:19-27) Empa o ne a tsielehile. Bibele e re: “Lingaka tse ngata li ne li mo baketse bohloko bo boholo hape o ne a sebelisitse sohle seo a nang le sona ’me o ne a sa rua molemo empa ho e-na le hoo, o ne a bile mobe haholo.”—Mar. 5:25, 26.
Mosali eo ka lenyele o ile a fohla bongata, eaba o ama seaparo sa Jesu sa ka ntle a le ka mor’a hae. ’Me kapele-pele a fola! O ne a sa nahane hore ho na le motho ea mo hlokometseng, empa Jesu o ile a botsa a re: “Ke mang ea nkamileng?” (Luka 8:45-47) A tšohile a bile a thothomela o ile a itihela fatše ka pel’a Jesu “eaba o mo bolella ’nete eohle.”—Mar. 5:33.
Jesu o ile a kokobetsa mosali eo letsoalo ka ho re: “Morali, e-ba sebete!” (Mat. 9:22) Litsebi tse ling tsa Bibele li bontša hore ka Seheberu le ka Segerike lentsoe “morali” le ka sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ho bontša “mosa le bonolo.” Jesu o ile a tsoela pele a mo khothatsa ka ho re: “Tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u fole boloetseng ba hao bo bohloko.”—Mar. 5:34.
“Morali.” Ena ke tsela eo Moiseraele e mong ea ruileng ea bitsoang Boaze a ileng a bitsa Ruthe oa Momoabe ka eona. Le eena o ne a e-na le lebaka la ho tšoha, kaha o ne a khoahlapisa tšimong ea monna eo a sa mo tsebeng. Boaze o ile a re: “U utloile morali oa ka, na ha ho joalo?” Eaba o mo lumella hore a khoahlapise tšimong ea hae. Ruthe o ile a itihela fatše ka sefahleho ka pel’a Boaze ’me a mo botsa hore na ho tla joang hore a mo bontše mosa empa e le molichaba. Boaze o ile a mo araba ka ho re: “Ke ile ka tlaleheloa ka botlalo ka sohle seo u se entseng ho ’m’ao matsale [Naomi oa mohlolohali] . . . E se eka Jehova a ka putsa tsela eo u sebetsang ka eona.”—Ruthe 2:8-12.
Jesu le Boaze ba behetse baholo mohlala o motle hakaakang! Ka linako tse ling, baholo ba babeli ba ka etela morali’abo rona ea hlokang khothatso le thuso ea Mangolo. Ba lokela ho mamela morali’abo rona ka hloko le ho kopa tataiso ea Jehova ka thapelo e le hore ba ka mo khothatsa ka Lentsoe la Molimo.—Bar. 15:4.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ke hobane’ng ha “’Nyeo” a ile a re lefa la hae le ne le tla senyeha ha a ne a ka nyala Ruthe? (Ruthe 4:1, 6)
Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, ha monna ea nyetseng a ne a ka hlokahala a se na bana, batho ba ne ba batla ho tseba hore na ho tla etsahala’ng ka lintho tseo a neng a e-na le tsona le ka lebitso la lelapa la hae. Molao oa Moshe o ne o e-na le likarabo tsa lipotso tseo.
Ho ne ho etsahala’ng ka sebaka kapa masimo a monna ha a hlokahala kapa a futsaneha ’me a tlameha ho a rekisa? Mor’abo motho eo kapa mong ka eena ea haufi o ne a ka a lopolla kapa a a reka. Sena se ne se tla etsa hore masimo ao a se ke a ea ho batho bao e seng karolo ea lelapa.—Lev. 25:23-28; Num. 27:8-11.
Ke’ng e neng e tla thusa hore lebitso la monna ea hlokahetseng le se ke la fela? Le ne le ke ke la fela haeba mor’abo kapa mong ka eena ea haufi a ne a ka nyala mosali oa hae, e leng ntho e ileng ea etsahala boemong ba Ruthe. Motho eo o ne a tla nyala mosali oa mor’abo e le hore a mo etsetse mojalefa ea tla sireletsa lebitso la monna eo ea hlokahetseng le lefa la hae. Molao ona o ne o boetse o sireletsa mohlolohali.—Deut. 25:5-7; Mat. 22:23-28.
Nahana ka Naomi. O ne a nyetsoe ke monna ea bitsoang Elimeleke. Ha Elimeleke le bara ba hae ba babeli ba hlokahala, Naomi o ile a sala a se na motho ea mo hlokomelang. (Ruthe 1:1-5) Ha Naomi a se a khutletse Juda, o ile a re ngoetsi ea hae Ruthe e ee ho Boase e e’o kopa hore a reke masimo a bona. Boase o ne a amana le Elimeleke. (Ruthe 2:1, 19, 20; 3:1-4) Empa Boase o ne a tseba hore “’Nyeo” o ne a amana haufi le Elimeleke ho mo feta. Kahoo, ’Nyeo o ne a e-na le monyetla o moholo oa ho ba molopolli.—Ruthe 3:9, 12, 13.
Qalong, “’Nyeo” o ne a batla ho thusa. (Ruthe 4:1-4) Le hoja a ne a tseba hore o lokela ho reka masimo, o ne a boetse a tseba hore Naomi o se a le moholo bakeng sa hore a ka ba le ngoana eo e tla ba mojalefa oa Elimeleke. Sena se bolela hore masimo ao ’Nyeo a a rekileng e ne e tla ba karolo ea lefa la hae. Kahoo, ho ne ho ka bonahala a sebelisitse chelete ea hae hantle.
’Nyeo o ile a fetola maikutlo tabeng ea ho ba molopolli ha a hlokomela hore o lokela ho nyala Ruthe. O ile a re: “Ha ke khone ho itopollela eona hobane nka tloha ka senya lefa la ka.” (Ruthe 4:5, 6) Ke hobane’ng ha a ile a fetola maikutlo?
Haeba ’Nyeo kapa motho e mong a ne a ka nyala Ruthe ’me a ba le mora, mora eo e ne e tla ba mojalefa oa Elimeleke. Joale “lefa” la ’Nyeo le ne le tla ‘senyeha’ joang? Bibele ha e cho empa e ka ’na eaba ho na le mabaka ’me a mang a ’ona ke ana.
• La pele, ho ne ho ka bonahala eka o sentse chelete ka ho reka masimo a Elimeleke hobane qetellong masimo ao e ne e tla ba a mora oa Ruthe.
• La bobeli, e ne e tla ba boikarabelo ba hae ho hlokomela Ruthe le Naomi.
• La boraro, haeba Ruthe le ’Nyeo ba ne ba ka ba le bana, ba ne ba tla arolelana lefa le bana bohle ba ’Nyeo.
• Lebaka la bone, haeba ’Nyeo a ne a se na bana, mora oa Ruthe o ne a tla ja lefa la Elimeleke le la ’Nyeo. Sena se bolela hore ha a ne a ka shoa, lefa la hae e ne e tla ba la ngoana oa lelapa la Elimeleke eseng la hae. ’Nyeo o ne a sa ikemisetsa hore a lahleheloe ke lefa la hae ka hore a thuse Naomi. O ile a bona ho le molemo hore Boase e be eena molopolli. Boase o ile a lumela ho etsa joalo hobane o ne a batla “ho khutlisetsa lefa la monna ea shoeleng lebitsong la hae.”—Ruthe 4:10.
’Nyeo o ne a amehile haholo ka ho sireletsa lebitso la hae le lefa la hae. E ne e le moithati. Le hoja ’Nyeo a ile a sebetsa ka thata ho sireletsa lebitso la hae, ha aa ka a atleha hobane le kajeno ha re le tsebe. O ile a boela a lahleheloa ke tlotla ea bohlokoa eo Boase a ileng a ba le eona. Boase e ile ea e-ba moholo-holo oa Mesia, Jesu Kreste. ’Nyeo o ile a fetoa ke monyetla ona ka lebaka la boithati le ho hana ho thusa motho e mong.—Mat. 1:5; Luka 3:23, 32.
SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 45
Tsoelang Pele le Bontšana Mosa o Lerato
“Le etsetsane mosa o lerato le mehauhelo.”—ZAK. 7:9.
SEO RE TL’O ITHUTA SONA
Jehova o batla hore re bontše bara le barali ba bo rona mosa o lerato. Re ka utloisisa haholoanyane hore na mosa o lerato ke’ng ka hore re hlahlobisise hore na ba bang ba bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng ba ile ba o bontša joang. Sehloohong sena, re tl’o bona hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Ruthe, Naomi, le Boaze.
RE NA le mabaka a utloahalang a hore re bontšane mosa o lerato. A mang a mabaka ao ke afe? Bona kamoo maele ana a ka Bibeleng a arabang potso ena kateng, a re: “E se eka mosa o lerato le ’nete li ke ke tsa u tlohela. . . . Kahoo u fumane kamohelo le temohisiso e molemo mahlong a Molimo le a motho oa lefatše.” “Motho ea nang le mosa o lerato o sebetsana ka mokhoa o putsang le moea oa hae.” “Ea phehellang ho loka le mosa o lerato o tla fumana bophelo.”—Liprov. 3:3, 4; 11:17; 21:21.
2 Maele ana a bontša mabaka a mararo ao ka ’ona re lokelang ho bontšana mosa o lerato. Lebaka la pele, ha re bontša mosa o lerato re ba batho ba bohlokoa mahlong a Molimo. La bobeli, ha re bontšana mosa o lerato re itsoela molemo. Ka mohlala, re ba le setsoalle se tšoarellang le batho ba bang. La boraro, ha re bontšana mosa o lerato re tla fumana litlhohonolofatso nakong e tlang ho akareletsa le bophelo bo sa feleng. Kannete re na le mabaka a utloahalang a hore re mamele Jehova ha a re: “Le etsetsane mosa o lerato le mehauhelo.”—Zak. 7:9.
3 Sehloohong sena, re tl’o araba lipotso tsena tse ’nè. Re lokela ho bontša bo-mang mosa o lerato? Re ka ithuta’ng lengolong la Ruthe mabapi le ho bontša mosa o lerato? Re ka bontša mosa o lerato joang mehleng ee? Ha re bontša mosa o lerato re tla fumana molemo ofe?
RE LOKELA HO BONTŠA BO-MANG MOSA O LERATO?
4 Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, Jehova o bontša mosa o lerato ho batho ba mo ratang le ba mo sebeletsang feela. (Dan. 9:4) Re batla ho ba “baetsisi ba Molimo joaloka bana ba ratoang.” (Baef. 5:1) Kahoo, re batla ho bontša bara le barali ba bo rona mosa o lerato.—Bala Mareka 10:29, 30.
5 Re tla lumellana le taba ena hore haeba re utloisisa haholoanyane hore na mosa o lerato o bolela’ng, re tla khona ho o bontša Bakreste-’moho le rona. E le hore re utloisise hantle hore na mantsoe a reng mosa o lerato a bolela’ng, a re boneng hore na a fapana joang le lentsoe botšepehi, e leng lentsoe leo batho ba bangata ba le sebelisang. A re bueng ka mohlala ona.
6 Re ka ’na ra nka motho ea sebelelitseng k’hamphani e itseng ka lilemo tse ngata e le mohiruoa ea tšepahalang. Le hoja a sebelelitse k’hamphani eo ka lilemo tse ngata, e ka ’na eaba ha a e-s’o ka a kopana le beng ba eona ebile ha se kamehla a lumellanang le melao ea k’hamphani. Ha a rate k’hamphani eo empa o sebetsa moo hobane a hloka chelete. Ho ntse ho le joalo, o tla tlameha ho tsoela pele a sebetsa moo ho fihlela a beha meja fatše kapa a fumana mosebetsi o mong o betere sebakeng se seng.
7 Re bone serapeng sa botšelela hore phapang e teng pakeng tsa botšepehi le mosa o lerato ke lebaka leo motho a bontšang makhabane ana ka lona. Mehleng ea Bibele, ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba ne ba bontša mosa o lerato? Batho ba neng ba bontša mosa o lerato ba ne ba etsa joalo hobane ba batla, eseng hobane ba tlamehile. A re bueng ka mohlala oa Davida. O ile a susumeletseha hore a bontše motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo Jonathane mosa o lerato le hoja ntate oa Jonathane a ne a batla ho mo bolaea. Lilemo ka mor’a hore Jonathane a hlokahale, Davida o ile a tsoela pele a bontša mora oa Jonathane e leng Mefiboshethe mosa o lerato.—1 Sam. 20:9, 14, 15; 2 Sam. 4:4; 8:15; 9:1, 6, 7.
8 Re ka ithuta ho hongata ka mosa o lerato ka hore re hlahlobe litemana tse ling tse lengolong la Ruthe. Re ka ithuta’ng ka mosa o lerato ho batho ba hlahang lengolong lee? Re ka sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona lengolong lee joang ka phuthehong?
RE KA ITHUTA’NG LENGOLONG LA RUTHE KA HO BONTŠA MOSA O LERATO?
9 Lengolong la Ruthe re bala ka pale ea Naomi, ngoetsi ea hae Ruthe le monna ea neng a tšaba Molimo Boaze, ea neng a amana le mohatsa oa Naomi. Ka lebaka la tlala e neng e le Iseraele, Naomi, monna oa hae le bara ba bona ba babeli ba ile ba fallela Moabe. Ha ba ntse ba le moo, monna oa Naomi o ile a hlokahala. Bara ba hae ba babeli ba ile ba nyala empa ka masoabi le bona ba ile ba hlokahala. (Ruthe 1:3-5; 2:1) Maemo ana a utloisang bohloko a ile a etsa hore Naomi a nyahame haholo. O ile a nyahama hoo a ileng a nahana hore Jehova o khahlanong le eena. Utloa hore na o ile a re o ikutloa joang ka Molimo, o ile a re: “Letsoho la Jehova le tsoile khahlanong le ’na.” “Ea Matla ’Ohle o nkutloisitse bohloko haholo.” O ile a boela a re: “[Ke] Jehova ea nkokobelitseng le Ea Matla ’Ohle ea mpaketseng tlokotsi.”—Ruthe 1:13, 20, 21.
10 Jehova o ile a etsa’ng ha a utloa mantsoe a bohloko a Naomi? Ha aa ka a tlohela ho thusa Naomi. Ho e-na le hoo, o ile a mo utloela bohloko. Jehova oa utloisisa hore “khatello feela e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya.” (Moek. 7:7) Ho ntse ho le joalo, Naomi o ne a hloka ho thusoa hore a bone hore Jehova o ntse a e-na le eena. Molimo o ile a mo thusa joang? (1 Sam. 2:8) O ile a susumeletsa Ruthe hore a bontše Naomi mosa o lerato. Ruthe o ne a batla ho bontša matsal’ae lerato ’me ka mosa o ile a mo thusa hore a se ke a nyahama haholo le ho mo tsebisa hore Jehova o ntse a mo rata. Re ithuta’ng mohlaleng oa Ruthe?
11 Mosa o lerato o re susumetsa hore re thuse ba nyahameng. Joalokaha Ruthe a ile a lula a e-na le Naomi, bara le barali ba bo rona ba bangata ba mosa le bona ba lula ba ikemiselitse ho ba le Bakreste-’moho le bona ba utloileng bohloko kapa ba nyahameng. Ba rata Bakreste-’moho le bona ’me ba batla ho etsa ntho leha e le efe ho ba thusa. (Liprov. 12:25; 24:10) Taba ena e tšoana le ntho eo moapostola Pauluse a ileng a re khothaletsa eona ha a ne a re: “Le bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo, le tšehetse ba fokolang, le be le tiisetso ho bohle.”—1 Bathes. 5:14.
12 Hangata tsela e atlehang eo u ka thusang mora kapa morali oa bo rona ea nyahameng ka eona ke ka hore u mo mamele le ho mo kholisa hore oa mo rata. Jehova o ananela lintho tsohle tseo u li etsang ho thusa linku tsa hae tse ratehang. (Pes. 41:1) Liproverbia 19:17 e re: “Ea bontšang mohau ho ea tlase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.”
13 Re utloisisa mosa o lerato le ho feta ha re nahana ka ntho e ileng ea etsahalla Naomi ka mor’a hore monna oa hae le bara ba hae ba babeli ba hlokahale. Ha Naomi a utloela hore “Jehova o ne a lebisitse tlhokomelo ea hae ho sechaba sa hae ka ho se fa bohobe,” o ile a etsa qeto ea ho khutlela habo. (Ruthe 1:6) Lingoetsi tsa hae li le peli li ile tsa khutla le eena. Leha ho le joalo, ha ba ntse ba le tseleng, ka makhetlo a mararo Naomi o ile a kopa basali bana hore ba khutlele Moabe. Empa ho ile ha etsahala’ng? Bibele e re: “Orpa a aka ’m’ae matsale. Ha e le Ruthe, a mo khomarela.” (Ruthe 1:7-14) Orpa o ile a mamela Naomi eaba o khetha ho khutlela Moabe. Empa Ruthe o ile a etsa ntho e fapaneng. Le eena o ne a lokolohile hore a ka tsamaea empa ka lebaka la mosa o lerato o ile a etsa qeto ea ho sala le Naomi. (Ruthe 1:16, 17) Ruthe o ile a khetha ho sala le Naomi hobane o ne a batla, eseng hobane a ne a tlamehile. Qeto ea Ruthe e ne e bontša mosa o lerato. Re ithuta’ng tlalehong ee?
14 Mosa o lerato o etsa hore motho a etse se fetang se lebeletsoeng. Joaloka nakong e fetileng, bara le barali ba bo rona ba bangata mehleng ena ba khethile ho bontša mosa o lerato ho Bakreste-’moho le bona esita le ho ba sa ba tsebeng. Ka mohlala, ha ba utloa hore ho na le koluoa ea tlhaho, kapele-pele ba batla ho tseba hore na ba ka thusa joang. Ha motho e mong ka phuthehong a e-na le mathata a lichelete, ha ba qea-qee ho leka ho mo thusa ka lintho tseo a li hlokang. Joaloka Bakreste ba mehleng ea pele ba Macedonia, ba etsa se fetang se lebeletsoeng. Ba itella Bakreste-’moho le bona ka hore ba ba thuse ka lintho tseo ba li hlokang. (2 Bakor. 8:3) Kannete Jehova o thaba haholo ha a bona ba bontša mosa o lerato.—Bala Baheberu 13:16.
RE KA BONTŠA MOSA O LERATO JOANG MEHLENG EE?
15 Re ka ithuta ho hongata ka ho hlahloba mohlala oa Ruthe le Naomi. A re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng.
16 U se ke oa tela. Ha Ruthe a ne a ithaopela ho ea Juda le matsal’ae, qalong Naomi o ile a hana. Empa Ruthe ha aa ka a tela. Ebe ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? “Ha a bona hore o phehella hore a tsamaee le eena, joale a tlohela ho bua le eena.”—Ruthe 1:15-18.
17 Re ithuta’ng? Ho re hloka mamello hore re thuse batho ba nyahameng empa ha rea lokela ho tela. Qalong morali oa bo rona ea hlokang thuso a ka ’na a hana hore re mo thuse. Ho ntse ho le joalo, mosa o lerato o tla re susumeletsa hore re etse kahohle hore re batle ho mo thusa. (Bagal. 6:2) Re na le tšepo ea hore ha nako e ntse e-ea o tla lumela hore re mo thuse le ho mo khothatsa.
18 U se ke oa koata. Ha Naomi le Ruthe ba fihla Bethlehema, Naomi o ile a kopana le baahisani ba hae ba nakong e fetileng. O ile a re ho bona: “Ke ne ke tletse ha ke e-ea, ’me Jehova o entse hore ke khutle ke sa nka letho.” (Ruthe 1:21) Nahana feela hore na Ruthe o ile a ikutloa joang ha a utloa Naomi a cho joalo. Ruthe o entse sohle seo a ka se khonang ho thusa Naomi. O ile a lla le eena, a mo khothatsa a ba a tsamaea le eena ka matsatsi a mangata. Ho sa tsotellehe lintho tsena tsohle, Naomi o ile a re: “Jehova o entse hore ke khutle ke sa nka letho.” Mantsoe ao Naomi a a buileng ha Ruthe a ntse a eme pel’a hae a ne a utloahala eka ha a hlokomele thuso ea Ruthe. E ka ’na eaba ntho ena e ile ea utloisa Ruthe bohloko haholo. Ho ntse ho le joalo o ile a lula a e-na le Naomi.
19 Re ithuta’ng? Morali oa bo rona ea nyahameng a ka ’na a bua ntho e ka re utloisang bohloko ho sa tsotellehe hore na re leka ho mo thusa hakae empa re leka hore re se ke ra mo koatela. Ho e-na le hoo, re lula re e-na le eena ’me re kopa Jehova hore a re thuse hore re fumane tsela ea ho mo khothatsa.—Liprov. 17:17.
20 Fana ka khothatso ka nako e nepahetseng. Ruthe o ile a bontša Naomi mosa o lerato empa Ruthe le eena o ne a hloka ho khothatsoa. Kahoo, Jehova o ile a susumetsa Boaze hore a mo khothatse. Boaze o ile a re ho Ruthe: “E se eka Jehova a ka putsa tsela eo u sebetsang ka eona, ’me e se eka ho ka ba le moputso o phethahetseng bakeng sa hao o tsoang ho Jehova Molimo oa Iseraele, eo u tlil’o batla setšabelo tlas’a mapheo a hae.” Mantsoe ana a monate a ile a ama Ruthe maikutlo haholo eaba o re ho Boaze: “O ntšelisitse . . . o buile ka mokhoa o khothatsang ho lekhabunyane la hao.” (Ruthe 2:12, 13) Boaze o buile mantsoe ana ka nako e nepahetseng ’me a ile a fa Ruthe matla ao a a hlokang hore a se ke a tela.
21 Re ithuta’ng? Batho ba bontšang mosa o lerato ka linako tse ling le bona ba hloka ho khothatsoa. Boaze o ile a babatsa Ruthe ha a bona kamoo a ileng a bontša Naomi mosa kateng. Baholo le bona ba babatsa bara le barali ba bo rona ha ba bona kamoo ba thusang ba bang ka mosa kateng. Ha bara le barali ba bo rona ba babatsoa ka nako e nepahetseng, ntho eo e ba fa matla ao ba a hlokang hore ba lule ba thusa ba bang.—Bala Esaia 32:1, 2.
BA BONTŠANG MOSA O LERATO BA FUMANA MOLEMO OFE?
22 Ka mor’a nako e itseng, Boaze o ile a fa Ruthe le Naomi lijo. (Ruthe 2:14-18) Naomi o ile a etsa’ng ka mor’a hore Boaze a ba fe lijo? O ile a re: “E se eka a ka hlohonolofatsoa ke Jehova, ea sa tlohelang mosa oa hae o lerato ho ba phelang le ho bafu.” (Ruthe 2:20a) Ntho eo Boaze a ileng a e etsa e ile ea fetola maikutlo a Naomi. Qalong o ne a utloile bohloko eaba o re: ‘Jehova . . . o nkokobelitse’ empa hona joale o bua a thabile ’me o re: ‘Jehova . . . haa tlohela mosa oa hae o lerato.’ Ke’ng e ka ’nang eaba e ile ea etsa hore Naomi a fetole tsela eo a ikutloang ka eona?
23 Naomi o ile a qetella a bone hore Jehova haa mo lahla. Jehova o sebelisitse Ruthe hore a mo fe tšehetso eo a neng a e hloka leetong la hae la ho ea Juda. (Ruthe 1:16) Naomi o ile a boela a bona hore Jehova o sebelisitse Boaze e leng ‘morekolli oa bona’ hore a ba thuse. (Ruthe 2:19, 20b) E ka ’na eaba o ile a re, ‘Hona joale kea utloisisa hore Jehova ha aa ka a ntlohela. Haesale a ntse a e-na le ’na nako ena kaofela.’ (Bala Pesaleme ea 136:23, 26.) E tlameha ebe Naomi o ile a ananela hore ebe Ruthe le Boaze ha ba aa ka ba mo tlohela. Kaofela ha bona ba ile ba thaba haholo hore ebe Naomi o ile a boela a thaba le ho ba le matla a hore a tsoele pele a sebeletsa Jehova.
24 Re ithutile’ng lengolong la Ruthe ka mosa o lerato? Mosa o lerato o etsa hore re se ke ra tlohela bara le barali ba bo rona ba nyahameng. O boetse o re susumeletsa hore re itele e le hore re khone ho ba thusa. Baholo ba lokela ho fana ka khothatso ka nako e nepahetseng ho Bakreste-’moho ba bontšang ba bang mosa o lerato. Re thaba haholo ha re bona bara le barali ba bo rona ba hlokang thuso ba boela ba thaba le ho ba le matla a hore ba tsoele pele ba sebeletsa Jehova. (Lik. 20:35) Leha ho le joalo, ke lebaka lefe la bohlokoa ka ho fetisisa leo ka lona re tsoelang pele ho bontšana mosa o lerato? Hobane re batla ho thabisa le ho etsisa Jehova “ea tletseng mosa o lerato.”—Ex. 34:6; Pes. 33:22.
ijwis sehlooho sa 12
Ruthe ke Motsoalle ea Tšepahalang
LIPALE TSA BIBELE TSE TSAMAISANANG LE LITŠOANTŠO
RUTHE LIKHAOLO TSA 1-4
[Ketsahalo ea 1]
[Moqolotsi:] NAOMI E NE E LE MOHLOLOHALI EA LULANG MOABE. O ILE A ETSA QETO EA HO KHUTLELA HABO ISERAELE. LINGOETSI TSA HAE TSE PELI E LENG RUTHE LE ORPA LI ILE TSA TSAMAEA LE EENA.
[Ketsahalo ea 2]
[Ketsahalo ea 3]
[Ketsahalo ea 4]
[Ketsahalo ea 5]
[Moqolotsi:] HA BA SE BA TSAMAILE SEBAKANA, NAOMI O ILE A EMA EABA O BUA LE RUTHE LE ORPA.
[Naomi:] BARALI BA KA, BANNA BA LONA BA HLOKAHETSE, KAHOO LE LOKELA HO BATLA BA BACHA HABO LONA MOABE. KHUTLELANG MAHABO LONA HO BO-’M’A LONA.
[Ketsahalo ea 6]
[Orpa:] RUTHE, HA KE BATLE HO TSAMAEA EMPA NAOMI O BUA ’NETE.
[Ketsahalo ea 7]
[Orpa:] MOABE KE HABO RONA. BO-’MÈ BA RONA, MALAPA A BO RONA LE METSOALLE EA RONA E MOABE. ’NA KE EA HAE.
[Ruthe:] EMPA ORPA, NAOMI LE EENA KE E MONG OA LELAPA LA RONA. HAPE MOLIMO OA HAE, JEHOVA O MOSA EBILE O MOHAU. MELIMO EA MOABE E KHOPO.
[Ketsahalo ea 8]
[Naomi:] BONA! ORPA O KHUTLELA HO BATHO BA HABO LE MELIMO EA HABO. TSAMAEA LE EENA.
[Ketsahalo ea 9]
[Ruthe:] CHE. . . NKE KE KA U LAHLA.
[Ketsahalo ea 10]
[Ruthe:] KE TLA EA MOO U EANG TENG.
[Ketsahalo ea 11]
[Ruthe:] BATHO BA HENO E TLA BA BATHO BA HESO.
[Ketsahalo ea 12]
[Ruthe:] ’ME MOLIMO OA HAO E TLA BA MOLIMO OA KA.
[Ketsahalo ea 13]
[Moqolotsi:] HA BA FIHLA ISERAELE, RUTHE O ILE A THONAKA HARESE BAKENG SA HAE LE NAOMI MASIMONG A MONNA EA BITSOANG BOASE.
[Ketsahalo ea 14]
[Boase:] KE MANG MOSALI EO?
[Mohlankana ea neng a okametse bakotuli:] O KHUTLILE LE NAOMI NAHENG EA MOABE. HAESALE A SEBETSA HO TLOHA HOSENG.
[Ketsahalo ea 15]
[Boase:] E SE EKA JEHOVA A KA U HLOHONOLOFATSA, RUTHE. BATHO BOHLE MOTSENG BAA TSEBA HORE U MOSALI EA IKHETHANG.
[Ketsahalo ea 16]
[Moqolotsi:] BOASE O ILE A NYALA RUTHE ’ME BA ILE BA BA LE MORA EA BITSOANG OBEDE. SETLOHOLO SA OBEDE E ILE EA BA MORENA OA ISERAELE EA TSEBAHALANG. NA OA TSEBA HORE NA KE OFE? (BALA RUTHE 4:22.)
[LEBOKOSE]
RE ITHUTA’NG PALENG EE?
RUTHE O ILE A BONTŠA JOANG HORE O RATA NAOMI?
NTLHA E THUSANG: RUTHE 1:14, 16, 17; 2:11, 12.
JEHOVA O ILE A BONTŠA JOANG HORE O RATA RUTHE LE NAOMI?
NTLHA E THUSANG: RUTHE 4:13-15.
U KA BONTŠA JOANG HORE U RATA METSOALLE EA HAO?
NTLHA E THUSANG: LIPROVERBIA 17:17; 18:24.
KHAOLO EA 16
“Ke Tla ea le Uena”
“Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele”
Ha Baiseraele ba utloa lebitso Sisera, ba ne ba tšoha ba bile ba ferekana. Bolumeling ba Bakanana ho ne ho e-na le litloaelo tse mpe tse akarelletsang ho etsa mahlabelo ka bana le botekatse. Ho ne ho le joang ha molaoli oa mabotho a Bakanana le lebotho la hae ba laola naha? Pina ea Debora e bontša hore ho ne ho le thata hore batho ba tsamaee naheng eo ’me ho se ho se batho ba lulang metseng. (Baahloli 5:6, 7) Mohlomong baahi ba ne ba ipata ka merung le lithabeng, ba tšaba ho sebetsa masimong kapa ho lula metseng e se nang marako, ba tšaba ho tsamaea litseleng hobane ba tšaba hore masole a Sisera a tla ba hlasela, a koetele bana ba bona ebe a beta basali ba bona.
[Naletsana]
Pina ea Debora e bontša hore Sisera o ne a atisa hore ha a tsoa ntoeng a tle a hapile banana, ka linako tse ling ba e-ba bangata ho feta masole. (Baahloli 5:30) Lentsoe le fetoletsoeng e le “popelo” temaneng ena, le bolela “ngoanana.” Mantsoe a kang ana a re bontša hore banana bao ba ne ba sebelisoa feela bakeng sa boitšoaro bo bobe. Ho ka etsahala hore e ne e le ntho e tloaelehileng hore basali ba betoe sebakeng seo.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Ho ne ho le teng baahloli ba bakae ba kang Samsone le Gideone?
Ha u bala baahloli, palo eo u fihlang ho eona e itšetleha kamoo u talimang Baiseraele ba itseng. Empa ka nepo ho ka thoe banna ba 12 ba ile ba sebeletsa e le baahloli pakeng tsa Joshua le Samuele.
Mehleng ea Moshe le Joshua, banna ba bang ba baholo phuthehong e ne e le baahloli ka kutloisiso ea hore ba ne ba khethetsoe ho mamela le ho ahlola linyeoe. (Exoda 18:21, 22; Joshua 8:33; 23:2) Ka mor’a lefu la Joshua, Iseraele ea kheloha borapeling ba ’nete ’me ea tšoenngoa ke batho ba bang. Baahloli 2:16 e re: “Leha ho le joalo, Jehova a ’na a ba hlahisetsa baahloli, ba ba namolela matsohong a ba ba senyang.” Jehova a qala ka ho hlahisa monna ea bitsoang Othniele, e le moahloli, kapa ‘monamoleli.’ (Baahloli 3:9) Ka mor’a moo hoa tla Ehude, Shamgare, Barake, Gideone, Thola, Jaire, Jafeta, Ibtsane, Elone, Abdone le Samsone.
Ntle le bana ba 12, Bibele e bua ka Debora, Eli le Samuele mabapi le mosebetsi oa ho ahlola. (Baahloli 4:4; 1 Samuele 4:16-18; 7:15, 16) Leha ho le joalo, Debora o bitsoa pele moprofeta oa mosali, ’me o amahanngoa le Moahloli Barake, eo ka ho khetheha a neng a etelletse pele ho lopolleng batho khatellong. Ka mokhoa o tšoanang, Eli haholo-holo e ne e le moprista e moholo, eseng ‘monamoleli’ ea ileng a etella pele Baiseraele ho ba lebisa tokolohong ka ntoa. (Nehemia 9:27) Ka lebaka leo, ha Debora le Eli ba kentse letsoho ho ahloleng Iseraele, ho na le lebaka la ho se ba thathamise ’moho le banna bana ba 12 bao ka ho hlaka le ka ho khetheha ba neng ba ‘hlahisitsoe’ e le haholo-holo baahloli. Liketso 13:20 e re “oa ba nea baahloli ho isa ho moprofeta Samuele.” Hona ho khutsufatsa hoo e ka ’nang eaba ho nkoa e le nako ea baahloli, ’me ho bontša lebaka leo ka lona Samuele le bara ba hae hangata ba sa balelloeng har’a baahloli.—1 Samuele 8:1.
“Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele”
Ho ile ha rena tšabo ka lilemo tse 20 ho fihlela Jehova a bona hore batho ba hae ba manganga ba ikemiselitse ho fetoha kapa ho latela mantsoe a bululetsoeng a pina ea Debora le Barake a reng: “Ho fihlela ’na, Debora, ke ema, ho fihlela ke ema joaloka ’mè Iseraele.” Bibele ha e re bolelle hore na Debora, e leng mosali oa Lapidothe o ne a e-na le bana kapa che, empa temaneng ena lentsoe ’mè le sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso. Ha e le hantle, Jehova o ile a fa Debora boikarabelo ba ho sireletsa sechaba joaloka ’mè. O ile a mo kopa hore a laele Moahloli Barake ea matla le ea nang le tumelo ho loantša Sisera.—Baahloli 4:3, 6, 7; 5:7.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Baahloli
5:20—Linaleli leholimong li ile tsa loanela Barake joang? Bibele ha e hlalose hore na ebe moo ho ne ho ameha thuso ea mangeloi, kapa majoe a tsoang sepakapakeng ao banna ba bohlale ba Sisera ba neng ba a nka e le pontšo ea tlokotsi, kapa mohlomong e ne e le bonohe ba linaleli ba Sisera bo ileng ba fetoha lefeela. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Molimo o ile a kenella ka tsela e itseng tabeng ena.
Ithaopele ho Rorisa Jehova!
“Bakeng sa ho ithaopa ha batho, bokang Jehova.”—BAAHL. 5:2.
“NA MONNA ea shahlileng a ka ba le thuso ho Molimo, e le hore leha e le ofe ea nang le temohisiso a ka ba le thuso ho eena? Na Ea Matla ’Ohle o thabisoa ke letho ka hore ebe u lokile, kapa o rua letho ka hore ebe u etsa hore tsela ea hao e be e sa tšoauoeng phoso?” (Jobo 22:1-3) Na u ka rata ho tseba likarabo tsa lipotso tsee? Ha Elifaze oa Motemane a botsa Jobo lipotso tsena, o ne a kholisehile hore karabo ea tsona ke che. Motsoalle oa hae Bildade oa Moshuha, o ile a re motho e ke ke ea e-ba ea lokileng ka pel’a Molimo.—Bala Jobo 25:4.
2 Metsoalle ena ea Jobo e ile ea re boiteko ba rona ba ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ke ba lefeela le hore Jehova o re nka re le litšoele, litšenyane kapa liboko. (Jobo 4:19; 25:6) Ha re okola taba ena ka holimo feela, ho ka bonahala eka banna bana ba ne ba ikokobelitse. (Jobo 22:29) Ke ’nete hore ho ka ba thata ho bona batho lefatšeng haeba u ba sheba u le sebakeng se phahameng haholo. Empa na ebe ke eona tsela eo Jehova a shebang tšebeletso ea rona ka eona a le sebakeng sa hae se phahameng? Jehova o ile a bontša hore na o ikutloa joang ha a khalemela Elifaze, Bildade le Tsofare hobane ba ne ba buile leshano ka eena, a ba a bontša hore o amohela Jobo ka ho ’mitsa ‘mohlanka oa hae.’ (Jobo 42:7, 8) Kahoo, re kholisehile hore Molimo o nka batho e le ba bohlokoa.
“U MO FA ENG?”
3 Jehova ha aa ka a khalemela Elihu ha a re ho Jobo: “Haeba ka sebele u nepile, u mo [Molimo] fa eng, kapa o amohela eng letsohong la hao?” (Jobo 35:7) Na Elihu o ne a bolela hore tšebeletso eo re e etsetsang Molimo ke ea lefeela? Che. O ne a bolela hore tšebeletso eo re mo etsetsang eona ha e mo thuse ka letho. Jehova ha a hloke letho. Re ke ke ra mo ruisa kapa ra mo ekeletsa matla. Leha ho le joalo, makhabane, litalenta kapa bokhoni boo re nang le bona ke letlotlo le tsoang ho Molimo ’me o ela hloko tsela eo re le sebelisang ka eona.
4 Jehova o nka hore ha re rata bahlanka ba hae ho tšoana le ha re mo rata. Liproverbia 19:17 e re: “Ea bontšang mohau ho ea tlase o alima Jehova, ’me o tla mo buseletsa tšoaro ea hae.” Na lengolo lee le bolela hore kamehla Jehova oa hlokomela ha re hauhela batho ba bang? Na ’Mopi o inka a kolota batho ba hauhelang ba bang ebe o ba lefa ka ho ba hlohonolofatsa? E, Mor’a Molimo o ile a netefatsa sena.—Bala Luka 14:13, 14.
5 Jehova oa thaba ha batho ba tšepahalang ba kenya letsoho ho phethahatseng morero oa hae. Ke kahoo a ileng a fa moprofeta Esaia boikarabelo ba hore e be ’muelli oa hae. (Esa. 6:8-10) Esaia o ile a amohela boikarabelo boo. Mehleng ena ba bangata ba itela ka tsela e tšoanang le ea Esaia ka ho amohela likabelo tse boima tšebeletsong ea Jehova ’me ho ba joalokaha eka ba re ho eena: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” Ho ntse ho le joalo, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na Jehova o nka tšebeletso ea ka e le bohlokoa? Le hoja ka mohau Jehova a mpha monyetla oa ho etsa ho itseng mosebetsing oa hae, na a ke ke a etsa sohle ho phethahatsa morero oa hae ho sa tsotellehe seo ke se etsang tšebeletsong ea hae?’ A re ke re bone hore na lintho tse etsahetseng mehleng ea Debora le Barake li re thusa joang ho araba lipotso tsena.
BA NE BA TŠOHILE HAHOLO EMPA MOLIMO A BA MATLAFATSA
6 Baiseraele ba ne ba ‘hateletsoe’ ka lilemo tse 20 ke Morena Jabine oa Bakanana. Baahi ba ne ba tšohile hoo ba neng ba lula ba ipatile. Ho ne ho bonahala eka ba ke ke ba o besa oa tuka hobane ba ne ba se na lihlomo le libetsa tse lekaneng, ha lira tsa bona tsona li e-na le likoloi tsa ntoa tse 900 tse nang le mahare a tšepe.—Baahl. 4:1-3, 13; 5:6-8.
7 Leha ho le joalo, Jehova o ile a roma moprofeta oa mosali ea bitsoang Debora hore a fe Barake taelo ena: “E-ea ’me u ikabe Thabeng ea Tabore, u nke banna ba likete tse leshome ho bara ba Nefthali le ho bara ba Zabulone. Ka sebele ke tla hulela ho uena phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone, Sisera molaoli oa lebotho la Jabine le likoloi tsa hae tsa ntoa le bongata ba hae ’me ke tla nehelana ka eena letsohong la hao.”—Baahl. 4:4-7.
8 Baahi ba ile tseba ka taelo ena. Banna bao ba ile ba ea Thabeng ea Tabore. Barake o ile a latela litaelo tsa Jehova hang-hang. (Bala Baahloli 4:14-16.) Ha ba le Tanake moo ntoa e neng e ntse e kupa, ka tšohanyetso ho ile ha na pula ea litloebelele ’me sebaka seo sa fetoha qhafu-qhafu ea seretse. Barake o ile a lelekisa lebotho la Sisera ho ea fihla Haroshethe, e leng sebaka se bohole ba lik’hilomithara tse 24. Ha ba ntse ba baleha, Sisera o ile a siea lebotho la hae le ferekaneng ’me a balehela motseng oa Zananime, oo mohlomong o neng o le pel’a Kedeshe. O ile a balehela tenteng ea Jaele mosali oa Hebere oa Mokene ’me Jaele a mo amohela. Sisera o ile a khaleha kaha o ne a khathetse. Jaele o ile a ba sebete ’me a mo bolaea a sa ntse a robetse joalo. (Baahl. 4:17-21) Kahoo Baiseraele ba ile ba hlola lira tsa bona!
MAIKUTLO A SA TŠOANENG TABENG EA BOITHAOPO
9 Re tla utloisisa Baahloli khaolo ea 4 haholoanyane ha re bala le khaolo ea 5. Mohlala, Baahloli 5:20, 21 e re: “Linaleli tsa loana leholimong, tsa loantša Sisera litseleng tsa tsona. Molapo o phoroselang oa Kishone oa ba hohola.” Na e ne e hlile e le linaleli tse neng li loantša Sisera kapa e ne e le mangeloi? Khaolo eo ha e hlalose. Haeba e ne e se Molimo ea neng a loanela batho ba hae, re ka re ke mang ea entseng hore ho ne pula ea litloebelele ka nako le sebaka se tšoanetseng, hore e hohole likoloi tse 900 tsa ntoa? Ka makhetlo a mararo, Baahloli 4:14, 15 e re tlholo eo ke ea Jehova. Ha ho le ea mong ho Baiseraele ba 10 000 ea neng a ka ikotla sefuba ka tlholo eo.
10 Hoa makatsa hore ebe ka nako eo Debora le Barake ba ntseng ba rorisa Jehova ka pina ea tlholo, ba ile ba re: “‘Rohakang Meroze,’ ho boletse lengeloi la Jehova, ‘Rohakang baahi ba eona le sa phetse, etsoe ha baa ka ba thusa Jehova, ho thusa Jehova ka ba matla.’”—Baahl. 5:23.
11 Ha e le hantle Meroze e ne e le eng? Ha re tsebe hantle hobane ho bonahala e ne e rohakiloe hoo ho leng thata ho tseba hore na e ne e le eng. E ka ’na eaba e ne le motse oo baahi ba oona ba sa kang ba ithaopela ho ea ntoeng. Ho ka etsahala hore Sisera o ile a feta motseng oo ha a ne a baleha, ka lebaka leo batho ba moo ba ne ba e-na le monyetla oa ho mo tšoara empa ha baa ka ba etsa joalo. Hoa makatsa hore ebe ba re ba ne ba sa utloa hore Jehova o hloka baithaopi. Etsoe batho ba 10 000 ba ileng ba ithaopa, ba ne ba tsoa libakeng tse haufi le moo. Ak’u nahane feela baahi ba Meroze ba shebile Sisera a ntse a matha literateng tsa bona. Ona e ne e le monyetla oa hore ba bontše hore ba ka lehlakoreng la Jehova ’me ba hlohonolofatsoe. Empa na ba ile ba nka monyetla oo, kapa ba ile ba qeaqea? Haeba ho joalo, batho ba Meroze ba ne ba fapane hakaakang le Jaele ea neng a le sebete!—Baahl. 5:24-27.
12 Ho Baahloli 5:9, 10, re bona phapang e teng pakeng tsa batho ba neng ba tšehetsa Barake le ba neng ba sa mo tšehetse. Debora le Barake ba ile ba babatsa “balaoli ba Iseraele, bao e neng e le baithaopi har’a batho.” Balaoli bao ba ne ba sa tšoane le “bapalami ba liesele tse tšehali tse bokhunoana bo bosehlana,” ba neng ba ikhohomosa ’me ba sa batle ho thusa. Ba ne ba boetse ba sa tšoane le baahi ba neng ‘ba lula holim’a limmete tsa boleng bo phahameng,’ le “ba tsamaeang tseleng.” Baahi bana ba ne ba rata bophelo bo mabothobotho. Ba ne ba sa batle ho sebetsa ka thata, ba sa tšoane le banna ba ileng ba ea le Barake ntoeng sebakeng se majoe sa Tabore le sebakeng se seretse sa Kishone! Batho bana ba neng ba rata menate ba ile ba khothalletsoa hore ba “nahane!” Ba ne ba lokela ho nahanisisa ka monyetla o neng o ba lahlehetse ka hore ebe ha baa ka ba ithaopa. Le rona re lokela ho itlhahloba hore na re na le maikutlo a nepahetseng ka ho sebeletsa Molimo.
13 Ba ileng ba ithaopa ba ile ba bona kamoo Jehova e leng ’Musi ea matla kateng. Ba ile ba bolella ba bang ka “liketso tse lokileng tsa Jehova” tseo ba ileng ba li bona. (Baahl. 5:11) Ka lehlakoreng le leng, Baahloli 5:15-17 e khalemela batho ba moloko oa Rubene, Dane le Ashere ka hore ebe ba ile ba shebana le maruo a bona ho e-na le hore ba e’o thusa Barake ntoeng. Ba ne ba fapane le ba moloko oa Zabulone le Nefthali ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba tšehetse Debora le Barake. (Baahl. 5:18) Batho bana ba ne ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka ho ithaopela ho sebeletsa Jehova. Kahoo re ka ithuta’ng tlalehong ee?
“BOKANG JEHOVA!”
14 Mehleng ena ha re loane lintoa tsa sebele joaloka mehleng eo, empa re fuoe mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo ka sebete le ka cheseho. Mokhatlo oa Jehova o hloka baithaopi ba bangata ho feta leha e le neng pele. Bara le barali ba bo rona ba limilione ba ithaopela ho sebeletsa Jehova ka mekhoa e fapaneng e kang bopula-maliboho, tšebeletso ea Bethele, ho sebetsa kahong ea Liholo Tsa ’Muso le ho ithaopa likopanong. Nahana hape le ka baholo ba nang le boikarabelo bo boima ba ho ba litho tsa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele le ba sebeletsang likomiting tse hlophisang likopano. Kholisehang hore Jehova oa thaba ha re mo sebeletsa ka boitelo ’me a ke ke a lebala mesebetsi ea rona.—Baheb. 6:10.
15 E mong le e mong oa rona o lokela itlhahloba ka lipotso tsena: ‘Na ke khotsofalletse ho bona ba bang ba sebetsa ka thata empa ke sa sebetse ka thata? Na ke phathahane ka ho fumana chelete ho feta ho sebeletsa Jehova? Na joaloka Barake, Debora, Jaele le Baiseraele ba 10 000 ba ileng ba ithaopa, ke na le tumelo le sebete ’me ke sebelisa sohle seo ke nang le sona tšebeletsong ea Jehova? Na ke nahana ho fallela sebakeng se seng e le hore ke fumane mosebetsi o patalang hantle? Haeba ho joalo, na ke rapela Jehova hore a nthuse ho hlokomela hore na ho etsa joalo ho tla ama lelapa la ka le phutheho joang?’
16 Ke tlotla e kholo ho tšehetsa bobusi ba Jehova. Satane Diabolose le eena o na le batho ba tšehetsang bobusi ba hae. Kahoo ha re tšehetsa bobusi ba Jehova, re bontša ka ho hlaka hore na re ka lehlakoreng la mang. Jehova oa thaba ha u mo sebeletsa ka botšepehi. (Liprov. 23:15, 16) Ha u tšehetsa bobusi ba hae, o fana ka karabo liqosong tsa Satane. (Liprov. 27:11) Kahoo ha u mamela Jehova, ha e le hantle u mo fa mpho e molemo ’me o thaba haholo.
17 Haufinyane lefatšeng ho tla tlala batho ba ratang bobusi ba Jehova ba bile ba bo tšehetsa. Re labalabela nako eo. Re ikutloa joaloka Debora le Barake ba ileng ba re: “Lira tsohle tsa hao li ke li timele, Jehova, ’me ba u ratang ba be joaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.” (Baahl. 5:31) Jehova o tla araba kopo eo ha a felisa lefatše la Satane le khopo. Ha ntoa ea Armagedone e fihla, ha ho na hlokahala hore re loane. Ka nako eo, re tla ‘ema ’me re bone poloko ea Jehova.’ (2 Likron. 20:17) Empa hona joale, re na le menyetla e mengata ea ho bontša hore re etsa thato ea Jehova ka sebete le ka cheseho.
18 Debora le Barake ba ile ba qala pina ea bona ea tlholo ka mantsoe ana: “Bakeng sa ho ithaopa ha batho, bokang Jehova!” Ba ne ba sa rorise motho, empa ba ne ba rorisa Ea Phahameng ka ho Fetisisa. (Baahl. 5:1, 2) E se eka u ka tsoela pele ho bontša moea oa boithaopo ’me u thuse ba bang hore le bona ba ‘rorise Jehova!’
Ka Tumelo, Barake o Ile a Qhalakanya Lebotho le Matla
AK’U ipone u talimane le lebotho la masole a mabifi. Le hlometse ka libetsa tsa morao-rao, ’me le loketse ho li sebelisa. Uena le bo-mphato ba hao le bonahala le se na matla a ho itoanela ka pel’a lona.
Barake, Debora le Baiseraele ba bang ba 10 000 ba ile ba feta boemong bo tšoanang le boo nakong ea baahloli ba Iseraele. Mabotho a lireng e ne e le a Bakanana ba neng ba etelletsoe pele ke molaoli oa lebotho ea bitsoang Sisera. Pokellong ea ’ona ea libetsa ho ne ho e-na le likoloi tsa ntoa, tseo mabili a tsona a neng a e-na le mahare a kotsi a tšepe. Lintho tsena li etsahetse Thabeng ea Tabore le molatsoaneng o phoroselang oa Kishone. Se etsahetseng moo se bontša hore Barake e ne e le monna ea nang le tumelo e ka etsisoang. Hlokomela liketsahalo tse etsahetseng pele ho ntoa eo.
Baiseraele ba Hoeletsa ho Jehova
Buka ea Baahloli e bolela kamoo Baiseraele ka makhetlo a mangata ba ileng ba ’na ba furalla borapeli bo hloekileng hape e re bolella le ka liphello tse bohloko tsa liketso tse joalo. Ketsahalong ka ’ngoe, ba ne ba etsa boipiletso bo tiileng ba kopa mohau oa Molimo, ebe Molimo o khetha molopolli, ba lokolohe, ’me ka mor’a moo ba khutlele borabeleng ba bona. Ho latela tloaelo eo ea bona, “bara ba Iseraele ba boela ba qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova kaha joale Ehude [e leng moahloli ea ileng a ba lopolla khatellong ea Bamoabe] o ne a shoele.” Ha e le hantle, ba ile “ba qala ho khetha melimo e mecha.” Phello ea e-ba efe? “Kahoo Jehova a ba rekisetsa Jabine morena oa Kanana, ea neng a busa Hazore; molaoli oa lebotho la hae e ne e le Sisera . . . Bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova, hobane [Sisera] o ne a e-na le likoloi tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe tse makholo a robong, ’me o ne a hateletse bara ba Iseraele ka thata ka lilemo tse mashome a mabeli.”—Baahloli 4:1-3; 5:8.
Ha Mangolo a bua ka bophelo bo neng bo pheloa Iseraele a re: “[Matsatsing ao] litsela li ne li se na sephethephethe, ’me ba tsamaeang litseleng ba ne ba tsamaea ka litsela tse potolohang. Ba lulang naheng e sabaletseng ba ile ba fela.” (Baahloli 5:6, 7) Batho ba ne ba tšaba lihlopha tse futuhang tsa bakhanni ba likoloi tsa ntoa. Setsebi se seng se re: “Batho ba ne ba phela ka tšabo Iseraeleng, sechaba sohle se ne se bonahala se le matsoalong se bile se sa khone ho itšireletsa.” Kahoo joalokaha ba ne ba ile ba ’na ba etsa ka makhetlo, Baiseraele ba neng ba feletsoe ke tšepo ba ile ba hoeletsa ho Jehova hore a ba thuse.
Jehova o Khetha Moeta-pele
Khatello ea Bakanana e ile ea fetoha nako ea maqakabetsi sechabeng sa Iseraele. Molimo o ile a sebelisa moprofeta oa mosali ea bitsoang Debora hore a bolele likahlolo le litaelo tsa hae. Jehova o ile a mo fa tlotla ea ho ba ’mè oa tšoantšetso Iseraele.—Baahloli 4:4; 5:7.
Debora o ile a romeletsa hore ho latoe Barake eaba o re ho eena: “Na Jehova Molimo oa Iseraele ha aa fana ka taelo? ‘E-ea ’me u ikabe Thabeng ea Tabore, u nke banna ba likete tse leshome ho bara ba Nefthali le ho bara ba Zabulone. Ka sebele ke tla hulela ho uena phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone, Sisera molaoli oa lebotho la Jabine le likoloi tsa hae tsa ntoa le bongata ba hae ’me ke tla nehelana ka eena letsohong la hao.’” (Baahloli 4:6, 7) Ha Debora a ne a re, ‘na Jehova ha aa fana ka taelo?’ o ile a hlakisa hore o ne a se na matla le a manyenyane holim’a Barake. Ke feela hore o ne a sebetsa e le mocha oo Molimo a neng a o sebelisa hore a fetise litaelo tsa Hae. Barake o ile a itšoara joang?
Barake o ile a re: “Haeba u tla ea le ’na, ka sebele le ’na ke tla ea; empa haeba u sa ee le ’na, nke ke ka ea.” (Baahloli 4:8) Ke hobane’ng ha Barake a ne a le leqe ho amohela boikarabelo boo Molimo a neng a mo file bona? Na o ne a bontša bokoala? Na o ne a haelloa ke tšepo ea hore litšepiso tsa Molimo li ne li tla phethahala? Le hanyenyane. Barake ha aa ka a hana kabelo eo ebile ha aa ka a hlompholla Jehova. Ho e-na le moo, karabo ea hae e ile ea bontša hore o ne a halala hore a ka phetha a le mong taelo eo Molimo a neng a mo file eona. Ho ba teng ha moemeli oa Molimo ho ne ho tla etsa hore eena le banna ba hae ba fumane tataiso ea Molimo ’me ho ne ho tla ba fa sebete. Kahoo, ho e-na le ho ba pontšo ea hore Barake o ne a fokola, maemo ao a buileng ka ’ona a bontša hore o ne a e-na le tumelo e matla.
Boitšoaro ba Barake bo ka bapisoa le ba Moshe, Gideone le Jeremia. Banna bana le bona ba ne ba sa itšepe hore ba ka phetha mesebetsi eo Molimo a neng a ba file eona. Empa seo ha sea ka sa etsa hore ba nkoe ba sa tšepahale. (Exoda 3:11–4:17; 33:12-17; Baahloli 6:11-22, 36-40; Jeremia 1:4-10) ’Me ho ka thoe’ng ka boitšoaro ba Debora? Ha aa ka a leka ho inkela marapo. Ho fapana le moo, o ile a lula e le mohlanka oa Jehova ea ikokobelitseng. O ile a re ho Barake: “Ruri ke tla ea le uena.” (Baahloli 4:9) O ne a ikemiselitse ho tloha lapeng—e leng sebaka se sireletsehileng haholoanyane—hore a e’o ba le Barake ntoeng e neng e larile ka pele. Debora le eena o ile a beha mohlala o ka lateloang oa tumelo le sebete.
Ba Ile ba Latela Barake ka Tumelo
Sebaka seo mabotho a Iseraele a neng a il’o bokana ho sona e ne e le thaba e hlaheletseng e bitsoang Tabore. Ho ne ho khethiloe sebaka se setlehali. E ne e le sebaka seo ho neng ho tloaelehile hore meloko ea Nefthali le Zabulone, e neng e lula haufi le moo, e bokane ho sona. Kahoo joalokaha Molimo a ne a laetse, baithaopi ba likete tse leshome—le Debora—ba ile ba latela Barake, ba hloa thaba ena.
Bohle ba neng ba ikopantse le Barake ba ne ba lokela ho ba le tumelo. Jehova o ne a tšepisitse Barake hore o ne a tla hlola Bakanana, empa Baiseraele ba ne ba e-na le libetsa tsa mofuta ofe? Baahloli 5:8 e re: “Thebe e ne e sa bonoe, kapa lerumo, har’a ba likete tse mashome a mane Iseraele.” Kahoo Baiseraele ba ne ba hlometse habobebe. Ho feta moo, ho hlakile hore marumo le lithebe e ne e se letho ha li bapisoa le likoloi tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe. Eitse hoba Sisera a utloe hore Barake o nyolohetse Thabeng ea Tabore, hang-hang a khobokanya likoloi tsohle tsa hae tsa ntoa le mabotho a hae ho ea molatsoaneng o phoroselang oa Kishone. (Baahloli 4:12, 13) Ntho eo Sisera a ileng a hloleha ho e elelloa ke hore o ne a tla be a loana le Molimo ea Matla ’Ohle.
Barake o Qhalakanya Lebotho
Eitse ha ntoa e se e tla loana, Debora o ile a re ho Barake: “Ema, etsoe lena ke letsatsi leo ka sebele Jehova a tla nehelana ka Sisera letsohong la hao. Na ha se Jehova ea tsoileng ka pel’a hao?” Barake le banna ba hae ba ne ba lokela ho theoha qhooeng ea Thaba ea Tabore ba ee lithoteng, empa moo likoloi tsa Sisera tsa ntoa li ne li tla be li le botleng. U ka be u ile oa ikutloa joang haeba u ne u le lebothong la Barake? Na u ka be u ile oa mamela kapele, oa hopola hore tataiso e tsoa ho Jehova? Barake le banna ba hae ba likete tse leshome ba ile ba mamela. “Jehova a qala ho ferekanya Sisera le likoloi tsohle tsa hae tsa ntoa le liahelo tsohle ka bohale ba sabole ka pel’a Barake.”—Baahloli 4:14, 15.
Barake o ile a qhalakanya lebotho la ntoa la Sisera ka thuso ea Jehova. Tlaleho ea ntoa eo ha e re bolelle lintlha tsohle tsa se etsahetseng. Leha ho le joalo, pina ea tlholo ea Barake le Debora e re ‘maholimo le maru a ile a rotha metsi.’ Kamoo ho bonahalang kateng, pula ea lifefo e ile ea etsa hore likoloi tsa Sisera tsa ntoa li tetebele seretseng, e leng se ileng sa beha Barake ka botleng. Kahoo likoloi tsa ntoa tseo Bakanana ba neng ba tšepetse ho tsona li ile tsa ba bakela bothata. Ha pina eo e bua ka banna ba Sisera ba shoeleng, e re: “Molapo o phoroselang oa Kishone oa ba hohola.”—Baahloli 5:4, 21.
Na se boleloang moo ke ’nete? Phula ea molapo o phoroselang oa Kishone ke nokana eo hangata e bang le metsi a fokolang. Ka mor’a likhohola kapa lipula tse nang ka nako e telele, ho tloaelehile hore melatsoana e joalo ha e tletse e fetohe nokana e phallang ka potlako le e kotsi. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, pula ea litloebelele e ileng ea na sebakeng sona seo ka metsotso e 15 feela, ho boleloa hore e ile ea sitisa bapalami bohle ba lipere ho tsamaea sebakeng seo. Litlaleho tsa ntoa ea Thabeng ea Tabore e neng e le pakeng tsa Napoleon le Maturkey ka la 16 April, 1799, li bolela hore “[Maturkey] a mangata a ile a qoela ha a ne a leka ho baleha ka ho tšelela karolong e ’ngoe ea thota ea Kishone e neng e koahetsoe ke metsi.”
Rahistori oa Mojuda Flavius Josephus o bolela hore ha mabotho a Sisera le a Barake a le haufi le ho kopana, “ho ile ha hlaha sefefo se matla leholimong, se e-na le pula ea litloebelele le sefako, ’me moea o ile oa fefolela pula ka lifahlehong tsa Bakanana, eaba e ba thiba mahlo hoo metsu ea bona le matjeketjane a sa kang a ba thusa ka letho.”
Baahloli 5:20 e re: “Linaleli tsa loana leholimong, tsa loantša Sisera litseleng tsa tsona.” Linaleli li ile tsa loana le Sisera joang? Batho ba bang ba nka hore polelo ena e bua ka thuso e tsoang ho Molimo. Ba bang ba bolela hore e ka ’na eaba ho buuoa ka thuso ea mangeloi, kapa hore ho ile ha theoha majoe a tsoang sepakapakeng, ha ka lehlakoreng le leng ba bang ba re ho buuoa ka ho itšetleha ha Sisera ka bonohe ba linaleli ho ileng ha fetoha lefeela. Kaha Bibele ha e re hlalosetse kamoo linaleli li ileng tsa loana kateng ntoeng ena, ho bonahala ho lekane ho utloisisa polelo eo e le e bontšang hore Molimo o ile a namolela lebotho la Iseraele ka tsela e itseng. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahetse’ng, Baiseraele ba ile ba sebelisa boemo boo ka ho feletseng. “Barake a lelekisa likoloi tsa ntoa . . . hoo liahelo tsohle tsa Sisera li ileng tsa oa ka bohale ba sabole. Ha hoa ka ha sala le ea mong.” (Baahloli 4:16) Molaoli ea ka sehloohong oa lebotho leo, Sisera, o ile a fella kae?
Mohlorisi o Oela “Letsohong la Mosali”
Bibele e re: “Ha e le Sisera, [o ile a khola phalo] a balehela ka maoto tenteng ea Jaele mosali oa Hebere Mokene, etsoe ho ne ho e-na le khotso pakeng tsa Jabine morena oa Hazore le ba ntlo ea Hebere Mokene.” Jaele o ile a kopa Sisera ea khathetseng hore a fapohele tenteng ea hae, a mo fa lebese eaba oa mo koahela, hoo a ileng a ea le sephume sa boroko. Ka mor’a moo, Jaele “a nka thakhisa ea tente ’me a tšoara hamore letsohong la hae,” e leng lintho tseo batho ba lulang litenteng ba li sebelisang khafetsa. “Joale a ea ho eena a nyonyoba eaba o khokhothela thakhisa litlhafunelong tsa hae ’me o e khokhothella fatše, ha a ntse a khalehile ’me a khathetse. Kahoo a shoa.”—Baahloli 4:17-21.
Joale Jaele a tsoa hore a khahlanyetse Barake eaba o re ho eena: “Tloo ’me ke tla u bontša motho eo u mo batlang.” Tlaleho eo e phaella ka ho re: “Kahoo a kena ho eena, ’me, bonang! Sisera o ne a shoele, thakhisa e le litlhafunelong tsa hae.” E tlameha ebe phihlelo ee e ile ea matlafatsa tumelo ea Barake hakaakang! Pejana Debora, moprofeta oa mosali, o ne a ile a re ho eena: “Mokhabiso e ke ke ea e-ba oa hao tseleng eo u e tsamaeang, kaha Jehova o tla rekisa Sisera letsohong la mosali.”—Baahloli 4:9, 22.
Na ketso ea Jaele ho ka thoe ke bononnori? Jehova ha aa ka a e talima joalo. Pina ea tlholo ea Barake le Debora e ne e re: “O tla hlohonolofatsoa ka ho fetisisa har’a basali tenteng.” Pina eo e re thusa hore re be le pono e nepahetseng ka lefu la Sisera. ’M’ae o hlalosoa a ne a mo letetse ka matla hore a khutle ntoeng. Oa botsa: “Ke hobane’ng ha koloi ea hae ea ntoa e liehile ho tla?” “Ba bohlale ho mafumahali a hae a hlomphehang” ba leka ka matla ho mo khoba matšoafo ka ho re e ka ’na eaba Sisera o ntse a arola thepa e hapuoeng ntoeng—e leng liaparo tse khabisitsoeng le ho abela banna banana. Mafumahali ao a mo botsa, a re: “Na ha baa tšoanela ho fumana, na ha baa tšoanela ho aba thepa e hapuoeng, popelo—lipopelo tse peli [polelo eo masole a e buang ha a bua ka basali ba lirethe ba hapuoeng] ho monna e mong le e mong ea shahlileng, thepa e hapuoeng ea lintho tse fetotsoeng ’mala bakeng sa Sisera . . . Seaparo se khabisitsoeng, ntho e fetotsoeng ’mala, liaparo tse peli tse khabisitsoeng bakeng sa melala ea banna ba hapileng thepa?”—Baahloli 5:24, 28-30.
Seo re Ithutang Sona
Tlaleho ena ea Barake e re ruta lithuto tsa bohlokoa. Ka sebele mathata le ho tsieleha, ke lintho tse tla hlasela bohle ba qhelelang Jehova ka thoko bophelong ba bona. Ba khutlelang ho Molimo ka ho baka le ka ho ba le tumelo ho eena ke bona ba tla lokoloha khatellong ea mefuta e fapa-fapaneng. Kahoo na ha rea lokela ho sebeletsa ho ba le moea oa boikokobetso? Le haeba melao ea Molimo e ka bonahala e sa lumellane le mabaka ao ka botho re ka ’nang ra ipehela ’ona, re ka kholiseha hore kamehla litaelo tsa hae li tla lula li le molemong oa rona ka nako e telele. (Esaia 48:17, 18) Ke feela ka ho bontša tumelo ho Jehova le ka ho mamela litaelo tsa Molimo Barake a ileng a “qhalakanya mabotho a basele.”—Baheberu 11:32-34.
Pina ea Debora le Barake e qetella ka mantsoe ana a amang maikutlo: “Lira tsohle tsa hao li ke li timele, Jehova, ’me ba u ratang ba be joaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.” (Baahloli 5:31) See e tla ba ’nete e kaakang ha Jehova a felisa lefatše le khopo la Satane!
KHAOLO EA 17
“Mosali ea Hlohonolofetseng ho Feta ba Bang”
Lula u Lebeletse Armagedone ka Tjantjello!
3 Bala Tšenolo 16:14, 16. Lentsoe “Har–Magedone” le hlaha hanngoe feela ka Mangolong ’me le tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang Thaba ea Megido. (Tšen. 16:16) Megido e ne e le o mong oa metse ea Iseraele ea boholo-holo. (Josh. 17:11) Armagedone ha se sebaka se teng mona lefatšeng. Empa ke ha “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a ikopanya ho ba khahlanong le Jehova. (Tšen. 16:14) Leha ho le joalo, sehloohong sena re tl’o boela re sebelisa lentsoe “Armagedone” ho bua ka ntoa e tl’o latela hang-hang ka mor’a hore marena a lefatše a ikopanye. Re tseba joang hore Armagedone ke sebaka sa tšoantšetso? Taba ea pele, ha ho na sebaka lefatšeng mona se bitsoang thaba ea Megido. Ea bobeli, sebaka se potolohileng Megido se senyane hoo, ho ke keng ha fella ‘marena a lefatše le a linaha tsohle tseo ho ahiloeng ho tsona’ le mabotho a tsona hammoho le likoloi tsa tsona tsa ntoa. Ea boraro, joalokaha re tla bona ha re ntse re theoha le sehlooho sena, ntoa ea Armagedone e tla qala ha “marena” a lefatše a hlasela batho ba Molimo ba lefatšeng lohle.
4 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a amahanya ntoa ea hae ea letsatsi le leholo le Megido? Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, lintoa tse ngata li ne li loaneloa Megido le sebakeng se haufi sa Phula ea Jezriele. Ka linako tse ling, Jehova o ne a thusa bahlanka ba hae hore ba hlole lintoa tseo. Mohlala, Molimo o ile a sebelisa ‘metsi a Megido’ ho thusa Moahloli oa Baiseraele e leng Barake hore a hlole lebotho la Bakanana le neng le eteletsoe pele ke Sisera. Barake hammoho le moprofeta oa mosali ea bitsoang Debora, ba ile ba rorisa Jehova ka hore ebe o ba thusitse ho hlola ntoa eo ka mohlolo. Ba ile ba binela Jehova ba re: “Linaleli tsa loana leholimong, tsa loantša Sisera. Molapo o phoroselang oa Kishone oa ba hohola.”—Baahl. 5:19-21.
5 Barake le Debora ba ile ba qetella pina ea bona ka mantsoe a reng: “Kahoo lira tsohle tsa hao li ke li timele, Jehova, ’me ba u ratang ba be joaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.” (Baahl. 5:31) Ka tsela e tšoanang, ka ntoa ea Armagedone, lira tsohle tsa Molimo li tla felisoa ebe batho ba ratang Molimo, bona ba pholosoa. Empa ho na le ntho ea bohlokoa eo lintoa tsena tse peli li fapanang ka eona. Ka Armagedone, bahlanka ba Molimo ba ke ke ba loana. Ho ke ke ha fumanoa le libetsa feela ho bona. ‘Matla a bona e tla ba ho lula ba sa khathatseha ’me ba e-na le tšepo’ ho Jehova le mabotho a hae a leholimo.—Esa. 30:15; Tšen. 19:11-15.
6 Molimo o tl’o hlola lira tsa hae joang ka ntoa ea Armagedone? A ka ’na a sebelisa mekhoa e mengata e sa tšoaneng. Ka mohlala, a ka ’na a sebelisa litšisinyeho tsa lefatše, sefako le letolo. (Jobo 38:22, 23; Ezek. 38:19-22) A ka ’na a etsa hore lira tsa hae li loantšane ka botsona. (2 Likron. 20:17, 22, 23) Kapa mohlomong a sebelise mangeloi a hae ho timetsa batho ba khopo. (Esa. 37:36) Ho sa tsotellehe hore na Molimo o sebelisang, o tla hlola. Lira tsohle tsa hae li tla felisoa ’me batho bohle ba lokileng ba tla pholoha.—Liprov. 3:25, 26.
it “Hebere” No. 2
Hebere
2. E ne e le Mokene, eo mohatsa oa hae e neng e le Jaele (e leng mosali ea ileng a bolaea Sisera, molaoli oa lebotho la Jabine). Hape e ne e le setloholoana sa Hobabe, e leng ntate oa mosali oa Moshe. Hebere o ne a ikarotse ho Bakene ba bang, a entse khotso le Jabine morena oa Hazore.—Bhl 4:11, 17, 21; 5:24.
Jehova o Araba Thapelo e Tsoang Botebong ba Pelo
12 Hlokomela kamoo mopesaleme a neng a lumela ka matla kateng hore Jehova o na le matla a ho senya maano a lichaba tsa lireng. Pesalemeng ena o akarelletsa lintoa tse peli tsa makhaola-khang tseo Baiseraele ba ileng ba hlola lira tsa bona ho tsona haufi le motse oa boholo-holo oa Megido, o neng o nkile karolo e kholo ea thota ea Megido. Nakong ea lehlabula, u ka bona Noka ea Kishone e psheleng e tsoelipanang le phula eo. Ka mor’a lipula tsa mariha tsa litloebelele, metsi a noka ena a tlala phula eo. Mohlomong ke ka lebaka leo e boetseng e bitsoa ‘metsi a Megido.’—Baahl. 4:13; 5:19.
13 Hoo e ka bang lik’hilomithara tse 15 ka mose ho phula ea Megido ho na le leralla la More leo lebotho le kopaneng la Bamidiane, Baamaleke le ba Bochabela le ileng la bokana ho lona ho ea loana mehleng ea Moahloli Gideone. (Baahl. 7:1, 12) Qetellong lebotho le lenyenyane la Gideone le ile la e-ba le banna ba 300 feela, empa ka thuso ea Jehova, le ile la hlola lebotho leo le leholo la lireng. Joang? Le ile la latela taelo ea Molimo, la lika-liketsa liahelo tsa sera bosiu le nkile linkho tse neng li koahetse lirumula. Ha Gideone a etsa sesupo, banna ba hae ba ile ba pshatla linkho eaba lirumula tse patiloeng li bonahala ka tšohanyetso. Nakong eona eo, ba ile ba letsa manaka eaba baa hoeletsa ba re: “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” Sena se ile sa ferekanya lira, eaba lia bolaeana, ’me tse pholohileng li ile tsa balehela ka mose ho Noka ea Jordane. Ho sa le joalo, Baiseraele ba bangata ba ile ba kenella ho li lelekisa. Ka kakaretso, ho ile ha bolaoa masole a lireng a 120 000.—Baahl. 7:19-25; 8:10.
14 Hoo e ka bang lik’hilomithara tse tšeletseng ka nģ’ane ho leralla la More, ka mose ho phula ea Megido, ke Thaba ea Tabore. Sebakeng seo, ke moo Moahloli Barake a ileng a bokella lebotho la Baiseraele ba 10 000 ho ea loana le lebotho la Jabine, morena oa Mokanana oa Hazore, le neng le laoloa ke molaoli oa mabotho ea bitsoang Sisera. Lebotho lena la Bakanana le ne le e-na le likoloi tsa ntoa tse 900 tse nang le mahare a malelele a tšepe a neng a bilika le mabili. Ha mabotho a Iseraele a sa hlomelang hantle a bokana Thabeng ea Tabore, sena se ile sa hohella lebotho la Sisera ka phuleng. Joale, “Jehova a qala ho ferekanya Sisera le likoloi tsohle tsa hae tsa ntoa le liahelo tsohle.” Ho ka etsahala hore ebe pula ea litloebelele e ileng ea na e sa lebelloa e ile ea tetebetsa likoloi tsa ntoa seretseng kaha Noka ea Kishone e ne e ja litlhokoa. Lebotho leo kaofela le ile la bolaoa ke Baiseraele.—Baahl. 4:13-16; 5:19-21.
15 Mopesaleme o kopa Jehova hore a etse ntho e tšoanang ho lichaba tse sokelang ho felisa Iseraele mehleng ea hae. Oa rapela o re: “Ba etse joalokaha u ile oa etsa Midiane, joalokaha u ile oa etsa Sisera, joalokaha u ile oa etsa Jabine phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone. Ba ile ba felisoa Ene-dore; ba fetoha moiteli bakeng sa mobu.” (Pes. 83:9, 10) Re lokela ho hlokomela hore ntoa ea Molimo ea makhaola-khang khahlanong le lefatše la Satane e bitsoa Har–Magedone (e bolelang “Thaba ea Megido”), kapa Armagedone. Lebitso leo le re hopotsa lintoa tsa makhaola-khang tse ileng tsa loaneloa haufi le Megido. Ho hlola ha Jehova lintoeng tseo tsa boholo-holo ho re tiisetsa hore joang kapa joang o tla hlola ntoeng ea Armagedone.—Tšen. 16:13-16.
“Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele”
Hamorao Barake o ile a fihla a ntse a batla phofu ea hae. Barake o ile a hopola boprofeta ba Debora ha Jaele a mo bontša setopo seo a se hlabileng ka thakhisa ea tente mohlahareng. Mohlabani eo ea matla o ne a bolailoe ke mosali! Batho ba ratang ho tšoaea liphoso ba ’nile ba rohaka Jaele, empa Barake le Debora ba ne ba tseba hore seo a se entseng se phethahatsa boprofeta ba Molimo. Pineng ea bona, ba ile ba bululeloa hore ba rorise Jaele ka ketso ea hae e bontšang sebete, ba re ke mosali ea ‘hlohonolofalitsoeng ka ho fetisisa har’a basali.’ (Baahloli 4:22; 5:24) Ruri Debora o ne a se mona. Ha aa ka a honohela Jaele ha e le mona a entse ntho e lokeloang ke thoriso, empa o ile a thabela hore thato ea Jehova e phethahetse.
Re Ithuta’ng ho Basali ba Hlahang ka Bibeleng?
Karabo ea Bibele
Ka Bibeleng ho na le basali ba bangata bao re ka ithutang lintho tsa bohlokoa tseleng eo ba neng ba phela ka eona. (Baroma 15:4; 2 Timothea 3:16, 17) Sehlooho sena se tl’o bua hakhutšoanyane ka ba bang ba basali bao ho builoeng ka bona ka Bibeleng. Ba bangata ba bona ke mehlala e metle eo re ka e latelang. Ha ba bang bona e le mehlala e re lemosang.—1 Bakorinthe 10:11; Baheberu 6:12.
Abigaile
Abigaile e ne e le mang? Abigaile e ne e le mosali oa monna e mong oa morui ea khopo ea bitsoang Nabale. Leha ho le joalo, Abigaile eena o ne a e-na le temoho, a ikokobelitse, a le motle ebile a rata Jehova.—1 Samuele 25:3.
O ile a etsa’ng? Abigaile o ne a le bohlale ebile a e-na le temoho ’me seo se ile sa mo thusa ho qoba tlokotsi e neng e tla hlahela lelapa la hae. Eena le Nabale ba ne ba lula sebakeng seo Davida, e leng morena ea neng a tl’o busa Iseraele, a neng a ipatile ho sona ha e ntse e le ’malehi. Ha Davida le banna ba hae ba ntse ba le moo, ba ile ba sireletsa mohlape oa Nabale oa linku ho masholu. Ha bahlanka ba Davida ba il’o kopa Nabale lijo, o ile a ba halefela ’me a hana ho ba fa lijo. Davida o ile a halefa haholo. Kahoo, eena le banna ba hae ba ile ba tsoa ho ea bolaea Nabale le bahlanka bohle ba ntlo ea hae.—1 Samuele 25:10-12, 22.
Abigaile o ile a nka khato kapele ha a utloa hore na monna oa hae o entse’ng. O ile a fa bahlanka ba hae lijo hore ba li ise ho Davida le banna ba hae, eaba o ba sala morao ho ea kopa mohau ho Davida. (1 Samuele 25:14-19, 24-31) Ha Davida a bona mpho ea hae, o ile a hlokomela hore o ikokobelitse ’me a mamela keletso ea hae, a ba a elelloa hore ke Molimo ea mo sebelisitseng ho mo thibela ho bolaea Nabale le bahlanka ba hae. (1 Samuele 25:32, 33) Nakoana ka mor’a moo, Nabale o ile a shoa ’me Abigaile e ile ea e-ba mosali oa Davida.—1 Samuele 25:37-41.
Re ka ithuta eng ho Abigaile? Le hoja Abigaile a ne a le motle ebile e le morui, o ne a sa inke e le motho oa bohlokoa haholo. E le ho boloka khotso, o ne a ikemiselitse ho kopa tšoarelo ka phoso e sa etsoang ke eena. O ile a khoba matšoafo ha a ne a sebetsana le boemo bo ka ’nang ba e-ba kotsi, a sebetsana le bona ka masene le ka sebete.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Abigaile, bala sehlooho se reng “O Ile a Sebetsa Taba ka Masene.”
Debora
Debora e ne e le mang? E ne e le moprofeta oa mosali eo Molimo oa Iseraele, Jehova, a ileng a mo sebelisa ho phetha thato ea hae litabeng tse neng li ama batho ba hae. Molimo o ile a ba a mo sebelisa ho rarolla mathata a neng a le teng har’a Baiseraele.—Baahloli 4:4, 5.
O ile a etsa’ng? Ka sebete moprofeta enoa oa mosali Debora o ile a tšehetsa barapeli ba Molimo. Ka tataiso ea Jehova, o ile a laela Barake hore a etelle pele masole a Baiseraele khahlanong le bahatelli ba Bakanana. (Baahloli 4:6, 7) Ha Barake a kopa Debora hore a tsamaee le eena, ha aa ka a tšaba letho empa o ile a tsamaea le eena.—Baahloli 4:8, 9.
Ka mor’a hore Molimo a thuse Baiseraele ho hlola, Debora o ile a qapa karolo ea pina eo ba ileng ba e bina le Barake e buang ka ketsahalo eo. Pineng eo o ile a bua ka karolo eo Jaele, e leng mosali e mong ea sebete, a ileng a e bapala e le hore ho hloloe Bakanana.—Baahloli, khaolo ea 5.
Re ka ithuta eng ho Debora? Debora o ne a itetse ebile a le sebete. O ile a khothalletsa ba bang ho etsa se lokileng mahlong a Molimo. Ha ba ne ba mamela, o ne a ba babatsa.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Debora, bala sehlooho se reng “Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele.”
Delila
Delila e ne e le mang? E ne e le mosali eo moahloli oa Moiseraele, e leng Samsone a ileng a ratana le eena.—Baahloli 16:4, 5.
O ile a etsa’ng? O ile a amohela chelete ho tsoa ho marena a Bafilista e le hore a eke Samsone, eo Molimo a ileng a mo sebelisa ho lopolla Baiseraele ho Bafilista. Bafilista ba ne ba sa khone ho hlola Samsone hobane o ne a e-na le matla a sa tloaelehang. (Baahloli 13:5) Ke kahoo, marena a Bafilista a ileng a kopa Delila hore a ba thuse.
Bafilista ba ile ba fa Delila chelete e le hore a fuputse hore na Samsone o nka matla a hae a maholo hokae. Delila o ile a e amohela ’me a leka ka makhetlo a ’maloa ho fihlela qetellong a mo joetsa lekunutu la hore na o nka matla a hae a maholo hokae. (Baahloli 16:15-17) Qetellong, Delila o ile a bolella Bafilista lekunutu la Samsone, eaba baa mo tšoara le ho mo kenya teronkong.—Baahloli 16:18-21.
Re ka ithuta eng ho Delila? Delila ke mohlala o re lemosang. O ile a lumella hore meharo e etse hore a be bolotsana, a se ke a tšepahala hape a se ke a ameha ka mohlanka oa Jehova Molimo.
Esthere
Esthere e ne e le mang? Ke mosali oa Mojuda ea ileng a khethoa ke Morena Asueruse oa Persia hore e be mofumahali oa hae.
O ile a etsa’ng? Mofumahali Esthere o ile a sebelisa matla ao a neng a e-na le ’ona ho thibela hore batho ba habo ba se ke ba bolaoa ka sehloho. O ile a utloela ka mangolo a nang le litaelo a neng a rometsoe a bile a e-na le lintlha tsa hore Bajuda bohle ba Pusong ea Persia ba tla bolaoa neng. Leano lena le lebe e ne e le la Hamane, eo e neng e le tona-kholo. (Esthere 3:13-15; 4:1, 5) Ka thuso ea motsoal’ae ea seng a holile, Mordekai, Esthere o ile a beha bophelo ba hae kotsing eaba o bolella monna oa hae, Morena Asueruse, ka leano lena. (Esthere 4:10-16; 7:1-10) Asueruse o ile a lumella Esthere le Mordekai ho fana ka taelo e ’ngoe hape e neng e lumella Bajuda hore ba itoanele. Bajuda ba ile ba hlola lira tsa bona.—Esthere 8:5-11; 9:16, 17.
Re ka ithuta eng ho Esthere? Mofumahali Esthere o ile a beha mohlala o motle oa sebete, boikokobetso le boinyenyefatso. (Pesaleme ea 31:24; Bafilipi 2:3) Le hoja a ne a le motle ebile e le mofumahali, o ne a ikokobelitse a bile a kopa ba bang thuso. Ha a bua le monna oa hae, o ne a khetha mantsoe, a mo hlompha empa a le sebete. Ha Bajuda ba le kotsing, o ile a ba sebete ’me a itsebahatsa e le e mong oa bona.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Esthere, bala lihlooho tse reng “O Ile a Emela Batho ba Molimo” le “O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse.”
Eva
Eva e ne e le mang? E ne e le mosali oa pele ebile ke eena mosali oa pele eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng.
O ile a etsa’ng? Eva ha aa ka a mamela taelo ea Molimo e hlakileng. Joaloka monna oa hae, Adama, le eena o ne a phethahetse ’me a e-na le bolokolohi ba ho ikhethela le bokhoni ba ho bonahatsa makhabane a Molimo, joaloka lerato le bohlale. (Genese 1:27) Eva o ne a tseba hore Molimo o boleletse Adama hore ha ba ka ja sefate se itseng, ba tla shoa. Leha ho le joalo, o ile a thetsoa ’me a lumela hore a ke ke a shoa. Ha e le hantle, o ile a susumelletsoa ho lumela hore lintho li ka mo tsamaela hantle haeba a sa mamele Molimo. Kahoo, o ile a ja tholoana ’me hamorao a susumelletsa le monna oa hae hore a e je.—Genese 3:1-6; 1 Timothea 2:14.
Re ka ithuta eng ho Eva? Eva ke mohlala o re lemosang oa kotsi ea ho lula u nahana ka takatso e fosahetseng. O ile a e-ba le takatso e matla ea ho nka seo e seng sa hae eaba ha a mamele taelo e hlakileng ea Molimo.—Genese 3:6; 1 Johanne 2:16.
Anna
Anna e ne e le mang? E ne e le mosali oa Elkana ebile e le ’mè oa Samuele, eo e ileng ea e-ba moprofeta ea hlahelletseng Iseraeleng ea boholo-holo.—1 Samuele 1:1, 2, 4-7.
O ile a etsa’ng? Ha Anna a ntse a se na bana, o ile a kopa Molimo hore a mo tšelise. Monna oa Anna o ne a e-na le basali ba babeli. Mosali oa hae e mong, Penina, o ne a e-na le bana. Le hoja Anna a ne a se a e-na le nako e telele a nyetsoe, o ne a se na bana. Penina o ne a lula a mo soma, empa Anna o ile a rapela Molimo hore a mo tšelise. O ile a etsa boitlamo ho Molimo, a re haeba Molimo a ka mo fa mora, o tla fana ka eena hore a sebeletse tabernakeleng, e leng tente eo Baiseraele ba neng ba rapella ho eona.—1 Samuele 1:11.
Molimo o ile a arabela thapelo ea Anna ’me o ile a ba le ngoana ea bitsoang Samuele. Anna o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ’me a isa Samuele tabernakeleng ha e sa le moshanyana. (1 Samuele 1:27, 28) Selemo le selemo, o ne a mo etsetsa seaparo se se nang matsoho ebe o mo isetsa sona. Molimo o ile a hlohonolofatsa Anna ka bana ba bang hape ba bahlano e leng bashanyana ba bararo le banana ba babeli.—1 Samuele 2:18-21.
Re ka ithuta eng ho Anna? Lithapelo tsa Anna tse tsoang pelong li ile tsa mo thusa hore a mamelle mathata. Thapelo ea hae ea teboho e tlalehiloeng ho 1 Samuele 2:1-10 e bontša hore o ne a e-na le tumelo e matla ho Molimo.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Anna, bala sehlooho se reng “O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a Rapela.”
Ho utloa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ne a lumella sethepu mehleng ea boholo-holo, bala sehlooho se reng “Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?”
Jaele
Jaele e ne e le mang? E ne e le mosali oa Hebere, eo e neng e se Moiseraele. Jaele o ile a emela batho ba Molimo ka sebete.
O ile a etsa’ng? Jaele o ile a nka bohato kapele ha molaoli oa lebotho la Bakanana, e leng Sisera, a fihla tenteng ea hae. Sisera o ne a hlotsoe ntoeng ke Baiseraele ’me a batla moo a ka ipatang teng. Jaele o ile a mo memela tenteng ea hae hore a tl’o ipata le ho phomola. Ha a ntse a robetse, o ile a mo bolaea.—Baahloli 4:17-21.
Jaele o ile a phethahatsa boprofeta bo builoeng ke Debora ha a re: “Jehova o tla etsa hore mosali e be eena ea hlolang Sisera.” (Baahloli 4:9) Ka lebaka la seo a se entseng, Jaele o ile a rorisoa ’me ha thoe ke “mosali ea hlohonolofetseng ho feta ba bang.”—Baahloli 5:24.
Re ka ithuta eng ho Jaele? Jaele o ile a nka bohato ka pele ’me a e-ba sebete. Pale ea hae e bontša hore Molimo a ka laola lintho e le hore li phethahatse boprofeta.
Jezebele
Jezebele e ne e le mang? E ne e le mosali oa Morena Akabe oa Iseraele. E ne e se Moiseraele ’me a sa rapele Jehova empa o ne a rapela molimo oa Bakanana ea bitsoang Baale.
O ile a etsa’ng? Mofumahali Jezebele o ne a rata ho laola batho, a le khopo a bile a le mabifi. O ne a khothalletsa batho ho rapela Baale le ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano bo neng bo amana le borapeli boo. Ka nako e tšoanang, o ne a leka ho felisa borapeli ba Molimo oa ’nete, Jehova.—1 Marena 18:4, 13; 19:1-3.
Jezebele o ne a bua leshano ebile a bolaea batho hore a fumane seo a se batlang. (1 Marena 21:8-16) Joalokaha Molimo a ne a boletse, o ile a bolaoa ka sehloho ’me ha a ka a patoa.—1 Marena 21:23; 2 Marena 9:10, 32-37.
Re ka ithuta eng ho Jezebele? Jezebele ke mohlala o re lemosang. O ne a itšoere hampe ebile a ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hore a fumane seo a se batlang. Lebitso la hae le emela mosali ea se nang lihlong, ea itšoereng hampe le ea sa hlompheng bolaoli.
Lea
Lea e ne e le mang? E ne e le mosali ea moholo oa mopatriareka Jakobo. Eena le ngoan’abo Ragele, e ne e le basali ba Jakobo.—Genese 29:20-29.
O ile a etsa’ng? Lea le Jakobo ba ile ba e-ba le bara ba tšeletseng. (Ruthe 4:11) Jakobo o ne a batla ho nyala Ragele eseng Lea. Leha ho le joalo, ntate oa bona Labane o ile a etsa hore ho nyaloe Lea ho e-na le hore ho nyaloe Ragele. Ha Jakobo a hlokomela hore o qhekelletsoe hore a nyale Lea, o ile a bua le Labane. Labane o ile a ikarabella ka hore ha hoa tloaeleha hore ho fanoe ka ngoanana e monyenyane pele ho e moholo. Beke hamorao, Jakobo o ile a nyala Ragele.—Genese 29:26-28.
Jakobo o ne a rata Ragele ho feta Lea. (Genese 29:30) Kahoo, Lea o ile a monela ngoan’abo ’me a hlolisana le eena e le hore Jakobo a mo rate. Molimo o ile a bona kamoo Lea a ikutloang kateng eaba o mo hlohonolofatsa ka bana ba supileng e leng bara ba tšeletseng le morali a le mong.—Genese 29:31.
Re ka ithuta eng ho Lea? Lea o ne a tšepile Molimo ’me a mo rapela, le hoja a ne a e-na le mathata ka lapeng, o ne a sa a lumelle hore a mo sitise ho bona kamoo Molimo a mo thusang kateng. (Genese 29:32-35; 30:20) Tlaleho ea hae e re bontša kamoo ho nyala basali ba bangata ho neng ho sa atlehe le hoja Molimo a ile a ho lumella ka nakoana. Hona joale o lumella hore monna kapa mosali a be le molekane a le mong feela.—Matheu 19:4-6.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Lea, bala sehlooho se reng “Barali ba Motho ba Mahlomoleng ba ‘Hahileng Ntlo ea Iseraele.’”
Ho ithuta hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella sethepu ka nakoana mehleng ea boholo-holo, bala sehlooho se reng “Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?”
Maretha
Maretha e ne e le mang? E ne e le khaitseli ea Lazaro le Maria ’me boraro ba bona ba ne ba lula haufi le Jerusalema motseng oa Bethani.
O ile a etsa’ng? Maretha e ne e le motsoalle ea haufi oa Jesu ’me Jesu “o ne a rata Maretha, Maria le Lazaro.” (Johanne 11:5) Maretha e ne e le mosali ea ratang ho amohela baeti. Ka le leng, ha Jesu a ba etetse, Maria o ile a khetha ho mamela Jesu ha Maretha a ntse a etsa mosebetsi oa lapeng. Maretha o ile a tletleba ho Jesu hore Maria ha a mo thuse. Ka mosa, Jesu o ile a lokisa tsela eo Maretha a nahanang ka eona.—Luka 10:38-42.
Ha Lazaro a kula, Maria le Maretha ba ile ba bitsa Jesu, ba kholisehile hore o tla mo folisa. (Johanne 11:3, 21) Empa Lazaro o ile a shoa. Puisano ea Maretha le Jesu e ile ea bontša hore tsoho ea bafu e hlahang ka Bibeleng e tla ba teng le hore Jesu o na le matla a ho tsosa khaitseli ea hae bafung.—Johanne 11:20-27.
Re ka ithuta eng ho Maretha? Maretha o ne a thabela ho amohela baeti, a amohela keletso ebile a lokolohile ho ntša maikutlo a hae le ho bua ka tumelo ea hae.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Maretha, bala sehlooho se reng “Ke Lumetse.”
Maria (’mè oa Jesu)
Maria e ne e le mang? E ne e le ngoanana oa Mojuda ’me e ne e ntse e le moroetsana ha a ima ka mohlolo le ho tsoala mora oa Molimo, Jesu.
O ile a etsa’ng? Maria o ile a etsa thato ea Molimo ka boikokobetso. Josefa o ne a mo lebelelitse nakong eo lengeloi le fihlang ho eena ’me le mo bolella hore o ne a tla ima ’me a tsoale Mesia eo e leng khale a tšepisitsoe. (Luka 1:26-33) O ile a amohela boikarabelo boo a bo filoeng ka ho rata. Ka mor’a hore Jesu a tsoaloe, Maria le Josefa ba ile ba e-ba le bara ba bane le bonyane barali ba babeli. Kahoo, Maria ha aa ka a lula e le moroetsana. (Matheu 13:55, 56) Le hoja a ile a thabela tokelo ena e ikhethang, ha ho mohla a ileng a batla ho rorisoa, ebang e ne e le nakong ea tšebeletso ea Jesu kapa e le setho sa phutheho ea pele ea Bokreste.
Re ka ithuta eng ho Maria? Maria e ne e le mosali ea tšepahalang ea ileng a amohela boikarabelo bo boholo ka ho rata. O ne a e-na le tsebo e ikhethang ea Mangolo. Ho hakanngoa hore o ile a qotsa Mangolo ka makhetlo a ka bang 20 ha a ne a bua mantsoe a tlalehiloeng ho Luka 1:46-55.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Maria, bala sehlooho se reng “Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?”
Maria (khaitseli ea Maretha le Lazaro)
Maria e ne e le mang? Maria, Lazaro le Maretha, e ne e le metsoalle e haufi ea Jesu.
O ile a etsa’ng? Maria o ile a bontša hore o ananela hore Jesu ke Mora oa Molimo. O ne a lumela hore Jesu a ka be a thibetse khaitseli ea hae, Lazaro ho shoa hape o ne a le teng ha Jesu a mo tsosa. Ngoan’abo Maretha, o ile a utloa bohloko ha a sa mo thuse ka mesebetsi ea ka lapeng empa a khetha ho mamela Jesu. Leha ho le joalo, Jesu o ile a babatsa Maria ka hore o khethile ho tseba haholoanyane ka Jehova ho tle pele bophelong ba hae.—Luka 10:38-42.
Maria o ile a bontša Jesu kamohelo ea baeti ka ho mo tšela ka “oli e turu e nkhang hamonate” hloohong le maotong. (Matheu 26:6, 7) Batho ba bang ba neng ba le teng moo, ba ile ba qosa Maria ka hore oa senya. Empa Jesu o ile a mo buella ka ho re: “Kae kapa kae moo litaba tsena tse monate tsa ’Muso li boleloang teng lefatšeng lohle, ketso ea mosali enoa le eona e tla boleloa e le hore a hopoloe ka eona.”—Matheu 24:14; 26:8-13.
Re ka ithuta eng ho Maria? Maria o ne a e-na le tumelo e matla. O ne a etelletsa borapeli ba Molimo ka pele ho lintho tse ling. Ka boikokobetso o ile a bontša hore o ananela Jesu, esita le haeba ho ne ho ka mo hloka chelete e ngata.
Maria Magdalena
Maria Magdalena e ne e le mang? E ne e le morutuoa oa Jesu ea tšepahalang.
O ile a etsa’ng? Maria Magdalena e ne e le e mong oa basali ba ’maloa ba neng ba tsamaea le Jesu le barutuoa ba hae. O ile a e-ba seatla se bulehileng, a sebelisa chelete ea hae ho thusa Jesu le baapostola ba hae ka litlhoko tsa bona. (Luka 8:1-3) O ile a latela Jesu ho fihlela qetellong ea tšebeletso ea hae ’me o ne a le teng ha Jesu a bolaoa. O ile a ba le tokelo ea hore e be e mong oa batho ba pele ba ileng ba bona Jesu ka mor’a hore a tsosoe.—Johanne 20:11-18.
Re ka ithuta eng ho Maria? Maria Magdalena o ile a tšehetsa Jesu ka seatla se bulehileng tšebeletsong ea hae ’me o ile a lula e le morutuoa ea inehetseng.
Miriame
Miriame e ne e le mang? E ne e le khaitseli ea Moshe le Arone. Ke eena mosali oa pele eo Bibele e mo bitsang moprofeta.
O ile a etsa’ng? Joaloka moprofeta oa mosali, mosebetsi oa hae e ne e le ho bolella batho melaetsa e tsoang ho Molimo. O ne a thabela ho ba boemong bo hlaheletseng Iseraele ’me o ile a bina pina ea tlholo le banna ka mor’a hore Molimo a timetse lebotho la Baegepeta Leoatleng le Lefubelu.—Exoda 15:1, 20, 21.
Nakoana ka mor’a moo, Miriame le Arone ba ile ba bua hampe ka Moshe. Ho hlakile hore ba ne ba susumetsoa ke boikhohomoso le mona. Molimo “o ne a mametse,” ’me o ile a khalemela Miriame le Arone ka matla. (Numere 12:1-9) Ka mor’a moo, Molimo o ile a otla Miriame ka lepera hobane e ne e le eena ea qalileng ho bua hampe. Ha Moshe a kopa Molimo hore a folise Miriame, Molimo o ile a mo folisa. Ka mor’a ho koalloa a le mong ka matsatsi a supileng, o ile a lumelloa ho khutlela liahelong tsa Iseraele.—Numere 12:10-15.
Bibele e bontša hore Miriame o ile a amohela khalemelo eo. Lilemo tse makholo hamorao, Molimo o ile a bua ka tokelo e ikhethang eo a neng a e-na le eona, o ile a hopotsa Baiseraele, a re: “Ka romela Moshe, Arone le Miriame hore ba le tataise.”—Mikea 6:4.
Re ka ithuta eng ho Miriame? Pale ea Miriame e bontša hore Molimo o mamela seo barapeli ba hae ba se buang ho ba bang le seo ba se buang ka batho ba bang. Hape re ithuta hore e le hore re thabise Molimo, re lokela ho qoba boikhohomoso le mona e leng lintho tse ka etsang hore re qetelle re sentse botumo bo botle ba batho ba bang.
Ragele
Ragele e ne e le mang? E ne e le morali oa Labane ebile e le mosali eo mopatriareka Jakobo a neng a mo rata haholo.
O ile a etsa’ng? Ragele o ile a nyaloa ke Jakobo ’me a mo tsoalla bara ba babeli, bao e ileng ea e-ba karolo ea lihlooho tsa maloko a 12 a Iseraele ea boholo-holo. Ragele o ile a kopana le monna ea neng a tl’o mo nyala ha a ntse a lisitse linku tsa ntate oa hae. (Genese 29:9, 10) “O ne a le motle haholo” ha a bapisoa le ausi oa hae, Lea.—Genese 29:17.
Jakobo o ile a rata Ragele ’me a lumela ho sebetsa lilemo tse supileng e le hore a ka mo nyala. (Genese 29:18) Leha ho le joalo, Labane o ile a qhekella Jakobo hore a nyale Lea pele, ka mor’a moo Labane o ile a lumella Jakobo hore a nyale Ragele.—Genese 29:25-27.
Jakobo o ne a rata Ragele le bara ba hae ba babeli ho feta Lea le bana ba hae. (Genese 37:3; 44:20, 27-29) Ka lebaka leo, basali bana ba babeli ba ne ba hlolisana.—Genese 29:30; 30:1, 15.
Re ka ithuta eng ho Ragele? Ragele o ile a mamella boemo bo boima ka lapeng, a sa felloe ke tšepo ea hore Molimo o tla utloa lithapelo tsa hae. (Genese 30:22-24) Pale ea hae e bontša khatello eo lenyalo la sethepu le ka e bakang ka lapeng. Mohlala oa Ragele o re bontša hore na Molimo o bohlale hakaakang ka hore ebe o ile a fana ka molao-motheo bakeng sa lenyalo oa hore monna a be le mosali a le mong.—Matheu 19:4-6.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Ragele, bala sehlooho se reng “Barali ba Motho ba Mahlomoleng ba ‘Hahileng Ntlo ea Iseraele.’”
Ho ithuta hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella sethepu har’a batho ba hae ka nakoana, bala sehlooho se reng “Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?”
Rahaba
Rahaba e ne e le mang? E ne e le mosali oa letekatse ea neng a lula Kanana motseng oa Jeriko ’me e ile ea e-ba morapeli oa Jehova Molimo.
O ile a etsa’ng? Rahaba o ile a pata Baiseraele ba babeli ba neng ba il’o hloela naha. O ile a etsa sena hobane a ile a utloela kamoo Jehova Molimo oa Iseraele a ileng a lokolla batho kateng naheng ea Egepeta ’me hamorao a ba pholosa ha ba ne ba hlaseloa ke Baamore.
Rahaba o ile a thusa banna ba lihloela ’me a ba kopa hore ba mo sireletse, eena le ba lelapa labo ha Baiseraele ba hlasela motse oa Jeriko. Ba ile ba lumela, empa ba ile ba mo fa litaelo: O ne a lokela ho boloka seo ba neng ba tl’o se etsa e le lekunutu, ’me eena le ba lelapa labo ba ne ba lokela ho lula ka tlung ha Baiseraele ba hlasela, hape o ne a lokela ho haka thapo e khubelu fensetereng e le ho tšoaea ntlo ea bona. Rahaba o ile a mamela litaelo tsohle ’me eena le ba lelapa labo ba ile ba pholoha ha Baiseraele ba hapa Jeriko.
Hamorao Rahaba o ile a nyaloa ke Moiseraele ’me ea e-ba moholo-holo oa Morena Davida le Jesu Kreste.—Joshua 2:1-24; 6:25; Matheu 1:5, 6, 16.
Re ka ithuta eng ho Rahaba? Bibele e re Rahaba ke mohlala o motle oa tumelo. (Baheberu 11:30, 31; Jakobo 2:25) Pale ea hae e re bontša kamoo Molimo a seng leeme a bileng a tšoarelang kateng, hobane o hlohonolofatsa batho ba mo tšepang ho sa tsotellehe maemo a bona.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Rahaba, bala sehlooho se reng “Ho Ile ‘ha Boleloa Hore o Lokile ka Mesebetsi.’”
Rebeka
Rebeka e ne e le mang? E ne e le mosali oa Isaka ebile e le ’mè oa bara ba babeli ba mafahla, e leng Jakobo le Esau.
O ile a etsa’ng? Rebeka o ile a etsa thato ea Molimo, le hoja ho etsa joalo ho ne ho le thata. Ha a ntse a kha metsi, monna e mong o ile a mo kopa metsi a nooang. Ka potlako, Rebeka o ile a mo fa ’ona a ba a kopa ho khella likamele tsa monna eo metsi. (Genese 24:15-20) Monna eo e ne e le mohlanka oa Abrahama, ’me o ne a tsamaile leeto le lelelele e le hore a fumanele mora oa Abrahama, e leng Isaka, mosali. (Genese 24:2-4) O ile a boela a rapella hore Molimo a mo hlohonolofatse. Ha a bona kamoo Rebeka a neng a sebetsa ka thata a bile a amohela baeti kateng, o ile a lemoha hore Molimo o arabetse thapelo ea hae, ’me a hlokomela hore ke mosali ea nepahetseng bakeng sa Isaka.—Genese 24:10-14, 21, 27.
Ha Rebeka a utloa lebaka leo mohlanka eo a tlileng ka lona, o ile a lumela ho khutla le eena hore e il’o ba mosali oa Isaka. (Genese 24:57-59) Hamorao, Rebeka o ile a ba le mafahla a bashanyana. Molimo o ile a mo senolela hore moshanyana ea moholo, e leng Esau, o tla sebeletsa ea monyane, e leng Jakobo. (Genese 25:23) Ha Isaka a batla ho hlohonolofatsa letsibolo la hae e leng Esau, Rebeka o ile a sebetsa ka thata ho netefatsa hore tlhohonolofatso eo e ea ho Jakobo, e leng se neng se lumellana le seo a tsebang hore ke thato ea Molimo.—Genese 27:1-17.
Re ka ithuta eng ho Rebeka? Rebeka o ne a ikokobelitse, a sebetsa ka thata ebile a amohela baeti. Makhabane ana a ile a etsa hore e be ’mè, mosali ea molemo le morapeli oa Molimo oa ’nete.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Rebeka, bala sehlooho se reng “Ke Ikemiselitse ho Tsamaea.”
Ruthe
Ruthe e ne e le mang? E ne e le mosali oa Momoabe ea ileng a tlohella melimo le naha ea habo hore e tle e be morapeli oa Jehova naheng ea Iseraele.
O ile a etsa’ng? Ruthe o ile a bontša lerato le ikhethang ho matsale oa hae, Naomi. Naomi, monna oa hae le bara ba hae ba babeli, ba ne ba ile naheng ea Moabe ho baleha tlala e neng e le Iseraele. Qetellong, bara ba hae ba ile ba nyala basali ba Bamoabe e leng Ruthe le Orpa. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea monna oa Naomi le bara ba hae ba babeli ba ile ba hlokahala, eaba ba siea bahlolohali bao ba bararo.
Naomi o ile a etsa qeto ea ho khutlela Iseraele kaha komello e ne e se e felile. Ruthe le Orpa ba ile ba khetha ho tsamaea le eena. Empa Naomi o ile a ba kopa hore ba khutlele ho beng ka bona. Orpa o ile a khutla. (Ruthe 1:1-6, 15) Leha ho le joalo, Ruthe o ile a sala le ’mè matsale oa hae. O ne a rata Naomi ’me a batla ho rapela Molimo oa Naomi, e leng Jehova.—Ruthe 1:16, 17; 2:11.
Ruthe o ile a ba le botumo bo botle motseng oa ha bo Naomi oa Bethlehema kaha e ne e le ngoetsi e neng e sebetsa ka thata. Monna e mong oa morui ea bitsoang Boase, o ile a khahloa ke Ruthe. O ile a ba seatla se bulehileng eaba o fa Ruthe le Naomi lijo. (Ruthe 2:5-7, 20) Hamorao, Ruthe o ile a nyaloa ke Boase ’me ea e-ba moholo-holo oa Morena Davida le Jesu Kreste.—Matheu 1:5, 6, 16.
Re ka ithuta eng ho Ruthe? Kaha Ruthe o ne a rata Naomi le Jehova, o ile a tloha ha habo a ba a siea le lelapa labo. O ne a sebetsa ka thata, a itetse ebile a tšepahala le hoja a ne a e-na le mathata a mangata.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Ruthe, bala lihlooho tse reng “Ke Tla ea Moo u Eang Teng” le “Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa.”
Sara
Sara e ne e le mang? E ne e le mosali oa Abrahama ebile e le ’mè oa Isaka.
O ile a etsa’ng? Sara o ile a tloha motseng o neng o ruile oa Ure hobane o ne a e-na le tumelo litšepisong tseo Molimo a neng a li etselitse monna oa hae Abrahama. Molimo o ile a bolella Abrahama hore a tlohe Ure a ee naheng ea Kanana. Molimo o ile a mo tšepisa ho mo hlohonolofatsa le ho etsa hore e be sechaba se seholo. (Genese 12:1-5) E ka ’na eaba Sara o ne a le lilemo li 60 ka nako eo. Ho tloha ka nako eo, Sara le monna oa hae ba ile ba phela bophelo ba ho hloma litente le ho li hlomolla ba ea sebakeng se seng ka mor’a se seng.
Le hoja bophelo ba hloma u hlomolle bo ile ba beha Sara kotsing, o ile a tšehetsa Abrahama ha a ntse a latela tataiso ea Molimo. (Genese 12:10, 15) Sara o qetile lilemo tse ngata a se na ngoana, ’me taba eo e ne e mo utloisa bohloko haholo. Leha ho le joalo, Molimo o ne a tšepisitse hore o tla hlohonolofatsa bana ba Abrahama. (Genese 12:7; 13:15; 15:18; 16:1, 2, 15) Ha nako e ntse e ea, Molimo o ile a tiisa hore Sara o tla ba le ngoana le Abrahama. O ile a ba le ngoana a se a fetile lilemo tsa ho beleha. O ne a le lilemo li 90, ’me monna oa hae a le lilemo li 100. (Genese 17:17; 21:2-5) Ba ile ba reha ngoana oa bona Isaka.
Re ka ithuta eng ho Sara? Mohlala oa Sara o re ruta hore kamehla re ka tšepa hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae, esita le tseo ho bonahalang eka li ke ke tsa etsahala. (Baheberu 11:11) Mohlala oa hae joaloka mosali o totobatsa hore basali ba lokela hore ba hlomphe banna ba bona.—1 Petrose 3:5, 6.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Sara, bala lihlooho tse reng “U Mosali ea Nang le Ponahalo e Ntle” le “Molimo o Ile a mo Reha ‘Khosatsana.’”
Moroetsana oa Moshulame
Moroetsana oa Moshulame e ne e le mang? E ne e le moroetsana ea motle oa mahaeng ’me ke motho ea ka sehloohong bukeng ea Bibele ea Sefela sa Lifela. Bibele ha e bolele lebitso la hae.
O ile a etsa’ng? Moroetsana enoa oa Moshulame o ile a lula a tšepahala ho molisa ea neng a mo rata. (Sefela sa Lifela 2:16) Leha ho le joalo, botle ba hae bo ikhethang bo ile ba hapa tlhokomelo ea Morena Solomone oa morui, ea ileng a leka ho hapa maikutlo a hae. (Sefela sa Lifela 7:6) Le hoja batho ba bang ba ile ba khothalletsa ngoanana enoa hore a khethe Solomone, moroetsana enoa oa Moshulame o ile a hana. O ne a rata molisana enoa oa boemo bo tlase, ’me o ile a mo tšepahalla.—Sefela sa Lifela 3:5; 7:10; 8:6.
Re ka ithuta eng ho moroetsana oa Moshulame? O ne a ikokobelitse ho sa tsotellehe hore na o motle hakae le hore na batho ba mo thahasella hakae. Ha aa ka a lumella hore lithaka tsa hae, maruo kapa botumo li susumetse maikutlo a hae a lerato. O ile a laola maikutlo a hae ’me a lula a hloekile boitšoarong.
Mosali oa Lota
Mosali oa Lota e ne e le mang? Bibele ha e re bolelle lebitso la hae. Empa e re bolella hore o ne a e-na le barali ba babeli le hore eena le ba lelapa la hae ba ne ba lula Sodoma.—Genese 19:1, 15.
O ile a etsa’ng? Ha aa ka a mamela taelo ea Molimo. Molimo o ne a rerile ho timetsa Sodoma le metse e haufi le eona ka lebaka la boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. Kaha Lota o ne a lokile, Molimo o ne a mo rata a bile a rata le lelapa la hae, ke kahoo a ileng a romela mangeloi a mabeli hore a ba pholose ha a timetsa motse oa Sodoma.—Genese 18:20; 19:1, 12, 13.
Mangeloi ana a ile a bolella Lota le ba lelapa la hae hore ba balehe ba sa hetle, ho seng joalo ba ne ba tla shoa. (Genese 19:17) Mosali oa Lota o ile a “hetla ’me a fetoha seemahale sa letsoai.”—Genese 19:26.
Re ka ithuta eng ho mosali oa Lota? Pale ea hae e re hlokomelisa kotsi ea ho rata lintho tse bonahalang, hoo re ka qetellang re sa mamele Molimo. Jesu o ile a mo qotsa e le mohlala o lemosang, ha a re: “Hopolang mosali oa Lota.”—Luka 17:32.
Nako eo Basali Bana ba ka Bibeleng ba Phetseng ka Eona
Eva
Moroallo (2370 B.C.E.)
Sara
Mosali oa Lota
Rebeka
Lea
Ragele
Exoda (1513 B.C.E.)
Miriame
Rahaba
Ruthe
Debora
Jaele
Delila
Anna
Morena oa pele oa Iseraele (1117 B.C.E.)
Abigaile
Moroetsana oa Moshulame
Jezebele
Esthere
Maria (’mè oa Jesu)
Kolobetso ea Jesu (29 C.E.)
Maretha
Maria (khaitseli ea Maretha le Lazaro)
Maria Magdalena
Lefu la Jesu (33 C.E.)
KHAOLO EA 18
O ne a le Sebete a Bile a le Hlokolosi
it “Harese” ¶7
Harese
Leha ho le joalo, harese e ne e le sejo sa boemo bo tlase. Ke kahoo batho ba bang ba hlalosang hore “bohobe ba harese bo selika-likoe,” boo Momidiane e mong a ileng a lora ka bona bo ne bo tšoantšetsa Gideone le lebotho la hae.—Bhl 7:13, 14.
it “Lenaka” ¶3
Lenaka
Baiseraele ba ne ba sebelisa lenaka la ramo e le temoso. Le ne le letsoa hore mabotho a Baiseraele a itokisetse ho loana, ho hlokomelisa ba lireng hore baa hlaseloa kapa ho laola bahlabani ntoeng. (Bhl 3:27; 6:34; 2Sa 2:28; Joe 2:1; Sof 1:16) Baiseraele ba ne ba letsa lenaka leo la ramo e le temoso ha ba lireng ba ne ba hlasela. (Ne 4:18-20) Tlas’a maemo a tloaelehileng, ba lireng ba ne ba utloisisa hore ha ho lla manaka a 300, ke sesupo sa hore ba tl’o hlaseloa ke lebotho le leholo. Kahoo, ha Bamidiane ba ne ba utloa molumo oa manaka a letsoang ke Gideone le banna ba hae ba 300, ‘masole ’ohle a Bamidiane a litenteng a ile a baleha’ hobane a tšohile haholo.—Bhl 7:15-22.
“Pholletsa le Naha”
9 Tlaleho e ’ngoe e totobatsang bohlokoa ba bohole ba sebaka ke ea ha Gideone a hlola Bamidiane. Babali ba bangata ba Bibele baa tseba hore Moahloli Gideone le lebotho la hae la ba 300 ba ile ba hlola mabotho a kopaneng a neng a futuhile a ba 135 000—a Bamidiane, a Baamaleke le a ba bang ba neng ba hlomme litente thoteng ea Jezriele, haufi le leralla la More. Banna ba Gideone ba ile ba letsa manaka, ba pshatla linkho tsa metsi e le hore lirumula tsa bona li ka bonahala, eaba baa hoeletsa: “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” Sena se ile sa ferekanya haesita le ho tšosa ba lireng, hoo ba ileng ba bolaeana ka bobona. (Baahloli 6:33; 7:1-22) Na ketsahalo ee e ile ea fella moo, ea e-ba ea bosiu bo le bong feela? Tsoela pele ho bala ho Baahloli khaolo ea 7 le ea 8. U tla bona hore Gideone o ile a tsoela pele ho futuha. Mabapi le libaka tse ngata tseo ho buuoang ka tsona, tse ling ha lia fumanoa kajeno libakeng tse tsejoang, kahoo li ka ’na tsa se hlahe limmapeng tsa Bibele. Ho ntse ho le joalo, tse fumanoeng li lekane, e le hore li re thuse ho latella mehato ea Gideone.
10 Gideone o ile a lelekisa methoaela e setseng ea mabotho a kopaneng, a feta Bethe-shita, eaba o leba nģ’a boroa a habile Abele-mehola, pel’a Jordane. (Baahloli 7:22-25) Tlaleho eo e re: “Gideone a tla Jordane, a e tšela, eena le banna ba makholo a mararo ba neng ba e-na le eena, ba khathetse empa ba ntse ba tsoela pele ho ba lelekisa.” Ka mor’a ho e tšela, Baiseraele ba ile ba lelekisa lira tsa bona ho leba nģ’a boroa ho ea Sukothe le Penuele, pel’a Jaboke, eaba ba hloa maralla ba lebile Jogbeha (pel’a Amman ea kajeno, e Jordane). Ba ile ba ba lelekisa ba ba ba ba loantša sebaka se ka bang lik’hilomithara tse 80. Gideone o ile a tšoara marena a mabeli a Bamidiane a ba a a bolaea; eaba o khutlela motseng oa habo, oa Ofra, pel’a moo ntoa e qalileng teng. (Baahloli 8:4-12, 21-27) Ho hlakile hore mosebetsi oa Gideone e ne e se ho letsa manaka ka metsotso e seng mekae feela, ho tsoka lirumula le ho hoeletsa. Nahana kamoo taba ena e tebisang tlhaloso ena e mabapi le banna ba tumelo kateng: “Ke tla haelloa ke nako haeba ke tsoela pele ho pheta ka Gideone [le ba bang ba ileng ba] tloha boemong ba ho fokola ba etsoa ba matla, ba fetoha ba sebete ntoeng.” (Baheberu 11:32-34) Bakreste le bona ba ka ’na ba khathala ’meleng, empa na ha ho bohlokoa hore re tsoele pele ho etsa thato ea Molimo?—2 Bakorinthe 4:1, 16; Bagalata 6:9.
Histori ea Bibele—E Nepahetse Hakae?
BUKENG ea bona e bitsoang Battles of the Bible, Chaim Herzog, eo pele e neng e le mopresidente oa Naha ea Iseraele le Mordechai Gichon, moprofesa ea seng a behile meja fatše oa thuto ea ho epolla lintho tsa khale Univesithing ea Tel Aviv, ba re:
“Tlhaloso ea maqiti a neng a sebelisoa lintoeng tsa Bibele . . . e ke ke eaba ke ea boiqapelo. Ka mohlala, u fumana bopaki bo lekaneng ha u hlahloba taba ea ha Gideone a futuhela Bamidiane le ba ikopantseng le bona, joalokaha e hlalositsoe ho Baahloli, khaolo ea 6 ho ea ho 8, u e bapisa le litlhaselo tsa Ntoa ea Trojan, tse hlalositsoeng ke Homer ho Iliad ea hae. Tlalehong ea Homer, ho ne ho lekane ho bua ka lebopo leha e le lefe la leoatle leo ho neng ho le bobebe ho fihla ho lona esita le motse o haufinyane o sirelelitsoeng ka thata e le sona sebaka seo ketsahalo eo e etsahetseng ho sona . . . Empa tlaleho ea Bibele ea phutuho ea Gideone eona ha e joalo. Tlhaloso e qaqileng ea metsamao e etsoang ka maqiti le ho thulana le sera e thehiloeng ho se etsahetseng ho latela boemo ba sebaka le liketso tsa metsoalle le tsa ba lireng—tse etsahalang sebakeng sa ntoa se bolelele ba lik’hilomithara tse 60—ruri ha se ntho e ka etsisoang sebakeng leha e le sefe se seng . . . Kahoo ha re na boikhethelo haese ho lumela tlhaloso ea maqiti a ntoa joalokaha e boletsoe ka Bibeleng.”
U ka ’na oa ithuta ka phutuho ea Gideone u sebelisa ’mapa o leqepheng la 18 le la 19 bukaneng e kang atlelase ea Bibele e bitsoang “Bona Naha e Ntle.” Taba ena e qalile ha “Bamidiane bohle le Baamaleke le ba Bochabela ba bokana hammoho joaloka motho a le mong ’me ba tšela eaba ba hloma liahelo khohlong ea Jezriele.” Gideone o ile a bitsa meloko e haufi ho tla thusetsa. Ntoa e ile ea qala selibeng sa Harode ea fihla leralleng la More, eaba e theohela tlaase Khohlong ea Jordane. Ka mor’a ho lelekisa lira ho ea fihla ka nģ’ane ho Noka ea Jordane, Gideone o ile a li hlola.—Baahloli 6:33–8:12.
’Mapa o bukaneng ea “Bona Naha e Ntle” o bontša libaka tse ka sehloohong tse boletsoeng le likarolo tse amehang tsa naha eo. ’Mapa o mong (leqepheng la 15) o bontša libaka tsa meloko ea Iseraele. Limmapa tseo tse peli li ka u thusa ho hlokomela hore tlaleho eo ea Bibele e nepahetse.
Sena se totobatsa se ileng sa hlokomeloa ke Moprofesa ea seng a hlokahetse, Yohanan Aharoni, ha a ne a re: “Naheng ea Bibele, jeokrafi le histori ke mathe le leleme, u ke ke oa khona ho utloisisa ho hong ntle le thuso ea ho hong.”
“Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”
11 Gideone, mohlankana ea sebete oa leloko la Manase, o phetse nakong e mahlonoko historing ea Iseraele. Ka lilemo tse supileng, batho ba Molimo ba ne ba le mahlomoleng tlas’a khatello ea Bamidiane. Leha ho le joalo, nako e ne e fihlile ea hore Jehova a lopolle batho ba hae. Kahoo, lengeloi le ile la hlaha ho Gideone ’me la re: “Jehova o na le uena, uena ea matla, ea sebete.” Gideone o ne a inyenyefatsa, kahoo ha aa ka a kakamatsoa ke ho tlotloa ka thoriso ena e sa lebelloang. Ho e-na le hoo, ka tlhompho o ile a re ho lengeloi lena: “Ntšoarele, moren’a ka, empa haeba Jehova o na le rona, joale ke hobane’ng ha sena sohle se re etsahaletse?” Lengeloi lena le ile la hlakisa litaba ’me la re ho Gideone: “U tla pholosa Baiseraele seatleng sa Bamidiane.” Gideone o ile a arabela joang? Ho e-na le ho lalomela kabelo ena e le monyetla oa ho iketsa mohale oa sechaba, Gideone o ile a araba: “Ntšoarele, Jehova. Ke tla pholosa Baiseraele ka eng? Bona! Sekete sa ka ke se senyenyane ho Manase, ebile ’na ke monyenyane ntlong ea Ntate.” Ke boinyenyefatso bo bokaakang!—Baahloli 6:11-15, NW.
12 Pele Jehova a romela Gideone ntoeng, o ile a mo leka. Joang? Gideone o ile a bolelloa hore a qhaqhe aletare ea Baale ea ntat’ae le hore a reme palo e halalelang e neng e eme pel’a eona. Kabelo ena e ne e tla hloka sebete, empa Gideone le eena o ile a bontša boinyenyefatso le temoho tseleng eo a ileng a e phethahatsa ka eona. Ho e-na le ho mema mahlo a batho, Gideone o ile a sebetsa bosiu ha ho ne ho ka etsahala hore a se ke a bonoa ke motho. Ho feta moo, Gideone o ile a phetha kabelo ea hae ka hloko kamoo ho tšoanetseng. O ile a nka bahlanka ba leshome—mohlomong e le hore ba bang ba ka ema e le balebeli ha ba bang ba ntse ba mo thusa ho senya aletare le palo e halalelang. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ka tlhohonolofatso ea Jehova, Gideone o ile a phethahatsa kabelo ea hae, ’me ka nako ea teng Molimo o ile a mo sebelisa hore a lokolle Baiseraele ho Bamidiane.—Baahloli 6:25-27.
Ho Bontša Boinyenyefatso le Temoho
13 Re ka ithuta ho hongata ka boinyenyefatso ba Gideone. Ka mohlala, re arabela joang ha re fuoa tokelo ea tšebeletso? Na re nahana pele ka boemo kapa botumo bo tla hlaha? Kapa na ka boinyenyefatso le ka thapelo re hlahloba hore na re ka finyella se hlokoang ke kabelo eo? Mor’abo rona A. H. Macmillan, ea ileng a fihla qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng ka 1966, o ile a beha mohlala o motle ntlheng ena. C. T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, ka lekhetlo le leng o ile a kopa maikutlo a Mor’abo rona Macmillan hore na ke mang ea ka laolang mosebetsi ha a le sieo. Puisanong e ileng ea latela, Mor’abo rona Macmillan ha aa ka a ipuella leha e le ka lekhetlo le le leng feela, le hoja ho ne ho tla be ho loketse hore a etse joalo. Qetellong, Mor’abo rona Russell o ile a kopa Mor’abo rona Macmillan hore a nahane ka ho amohela kabelo eo. Lilemo hamorao Mor’abo rona Macmillan o ile a ngola, a re: “Ke ile ka ema moo ke tšerehane. Ke ile ka e nahana ka botebo, ’me ka e rapella ka nako e itseng pele ke qetella ke mo boleletse hore nka thabela ho etsa sohle seo nka se etsang ho mo thusa.”
14 Nakoana ka mor’a moo, Mor’abo rona Russell o ile a hlokahala, a siea sekheo setulong sa mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower. Kaha Mor’abo rona Macmillan o ne a ikarabella nakong ea leeto la boboleli la ho qetela la Mor’abo rona Russell, mor’abo rona e mong o ile a re ho eena: “Mac, u na le monyetla o moholo oa ho ba mopresidente. U ne u le moemeli ea khethehileng oa Mor’abo rona Russell ha a le sieo, ’me o ne a re boleletse kaofela hore re etse seo u re laelang sona. Joale, o ile ’me ha aa khutla. Ho bonahala eka ke uena motho ea tla tsoela pele.” Mor’abo rona Macmillan o ile a araba ka ho re: “Mor’eso, eo ha se eona tsela eo re ka talimang taba ena ka eona. Mosebetsi ona ke oa Morena ’me boemo feela boo u bo fumanang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Morena ke boo Morena a bonang ho loketse hore a u fe bona; ’me kea tiisa hore ha ke motho ea loketseng mosebetsi ona.” Eaba Mor’abo rona Macmillan o buella e mong osele bakeng sa boemo bona. Joaloka Gideone, o ne a e-na le pono ea boinyenyefatso—pono eo ho leng hotle ho ba le eona.
15 Le rona re lokela ho bontša boinyenyefatso ka mokhoa oo re phethahatsang likabelo tsa rona ka oona. Gideone o ne a le masene, ’me o ne a leka hore a se ke a halefisa bahanyetsi ba hae ho sa hlokahale. Ka tsela e tšoanang, mosebetsing oa rona oa boboleli, re lokela ho bontša boinyenyefatso le masene ka tsela eo re buisang ba bang ka eona. Ke ’nete hore re tšoarehile ntoeng ea moea ea ho phethola “lintho tse metseng ka matla” le “menahano.” (2 Bakorinthe 10:4, 5) Empa ha rea lokela ho khesa ba bang kapa ho ba neha lebaka leha e le lefe le utloahalang la hore molaetsa oa rona o ba khopise. Ho e-na le hoo, re lokela ho hlompha pono ea bona, re totobatse moo ebang rea lumellana, ebe re bua ka litšobotsi tse kholisang tsa molaetsa oa rona.—Liketso 22:1-3; 1 Bakorinthe 9:22; Tšenolo 21:4.
ijwis sehlooho sa 13
Jehova o Thusa Gideone Hore a be Sebete
PALE EA BIBELE E TSAMAISANANG LE LITŠOANTŠO
[Ketsahalo ea 1]
[Moqolotsi:] BOPHELO BO NE BO LE THATA BAKENG SA BAISERAELE. BAMIDIANE BA NE BA LULA BA HLASELA ISERAELE. LIHLOPHA TSA BAMIDIANE LI NE LI HLORISA BAISERAELE LE HO BA SENYETSA LIJO.
[Moqolotsi:] BAISERAELE BA ILE BA KOPA THUSO HO JEHOVA.
[Ketsahalo ea 2]
[Gideone:] JEHOVA, RE KOPA U RE PHOLOSE!
[Moqolotsi:] MOLIMO O ILE A ROMA LENGELOI HO MONNA EA BITSOANG GIDEONE.
[Lengeloi:] JEHOVA O NA LE UENA, MOHLABANI EA MATLA. U TLA PHOLOSA ISERAELE.
[Gideone:] ’NA? KE LE MANG? NKA PHOLOSA ISERAELE JOANG?
[Lengeloi:] JEHOVA U TLA BA LE UENA.
[Ketsahalo ea 3]
[Moqolotsi:] JEHOVA O ILE A FA GIDEONE KABELO E IKHETHANG EA HORE A SENYE SETŠOANTŠO SE RAPELOANG E LE HORE A BONE HORE NA GIDEONE O MO TŠEPA KA PELO EOHLE.
[Moqolotsi:] BOSIU GIDEONE O ILE A TSAMAEA LE BANNA BA LESHOME EABA BA LIHA SETŠOANTŠO SEO.
[Ketsahalo ea 4]
[Moqolotsi:] LEHA HO LE JOALO, BAISERAELE BA NE BA NTSE BA LE KOTSING. MABOTHO A MIDIANE LE A LICHABA TSE LING A ILE A KENA ISERAELE EABA A HLOMA LITENTE PHULENG EA JEZRIELE.
[Momidiane oa 1:] RE SE RE KENE MOTSENG OA BONA. HA HO LETHO LE KA RE THIBANG!
[Momidiane oa 2:] RE TL’O BA HLOLA HABONOLO FEELA!
[Ketsahalo ea 5]
[Moqolotsi:] GIDEONE O ILE A KOPA HORE JEHOVA A MO FE BOPAKI BA HORE O TLA MO THUSA. KAHOO JEHOVA O ILE A ETSA MEHLOLO E ’MELI E HLOLLANG. (BALA BAAHLOLI 6:36-40.)
[Ketsahalo ea 6]
[Moqolotsi:] GIDEONE LE MASOLE A HAE BA ILE BA ITOKISETSA HO LOANTŠA BAMIDIANE.
[Gideone:] HAEBA RE MAMELA LITAELO TSA JEHOVA, O TLA RE THUSA HORE RE BA HLOLE.
[Moqolotsi:] JEHOVA O ILE A BUA LE GIDEONE.
[Jehova:] GIDEONE, HO TLA LOANA FEELA MASOLE A HAO A 300 A SEBETE KA HO FETISISA. KAHOO LE TLA TSEBA HORE KE ’NA EA PHOLOSITSENG ISERAELE.
[Moiseraele oa 1:] RE TL’O LOANA JOANG?
[Moiseraele oa 2:] E MONG LE E MONG OA RONA O TLA NKA LENAKA, NKHO LE LEBONE.
[Moiseraele oa 3:] RE TLA ETSA HANTLE SEO GIDEONE A SE ETSANG.
[Ketsahalo ea 7]
[Gideone:] JEHOVA O NA LE RONA! BOSIU BA ILE BA LETSA MANAKA, BA PSHATLA LINKHO EABA BAA HOELETSA BA RE . . .
[Ketsahalo ea 8]
[Masole kaofela:] SABOLE EA JEHOVA LE GIDEONE!
[Momidiane oa 1:] HO ETSAHALA’NG?
[Momidiane oa 2:] BAISERAELE BA FIHLILE!
[Moqolotsi:] BAMIDIANE BA ILE BA BALEHA EABA BAISERAELE BAA BA LELEKISA. LE HOJA BAISERAELE BA NE BA FOKOLA KA PALO, JEHOVA O ILE A BA THUSA HO HLOLA NTOA EO.
[LEBOKOSE]
RE ITHUTA’NG PALENG EE?
KE HOBANE’NG HA GIDEONE A NE A TŠABA BAMIDIANE?
NTLHA E THUSANG: BAAHLOLI 6:2-6, 15.
GIDEONE O ILE A ETSA’NG HORE A BE SEBETE?
NTLHA E THUSANG: BAAHLOLI 6:27a, 36-40.
U KA THUSOA KE’NG HO BA SEBETE HA U TŠOHILE?
NTLHA E THUSANG: PESALEME EA 138:3, 8; LIPROVERBIA 17:17; BAHEBERU 13:6.
KHAOLO EA 19
Ba Ile ba Phethahatsa Kano e Boima
it “Jafeta” ¶6
Jafeta
Baamone ba Tšosa Baiseraele ka Hore ba Tla ba Loantša. Baamone ba ile ba hlorisa Baiseraele ka lilemo tse 18. Molimo o ile a lumella sena hore se etsahale hobane Baiseraele ba ile ba mo tlohela eaba ba rapela melimo ea lichaba tse ba potolohileng. Empa Baiseraele ba hlokomela hore ba sitetsoe Molimo eaba baa baka ’me ba kopa thuso ho Jehova. Ba ile ba lahla litšoantšo tsa bona tse rapeloang eaba ba sebeletsa Jehova. Ka nako eo, lebotho le leholo la Baamone le ile la ea Gileade ho ea loantša Baiseraele. (Bhl 10:7-17; 11:4) Taba ena ea bontša hore ha e le hantle ke sera se seholo se sa bonahaleng sa Molimo e leng Satane Diabolose, ea neng a susumeletsa sechaba sena sa bahetene ho hlasela Baiseraele le hore ha e le hantle tlhaselo ena e ne e le khahlanong le borapeli ba ’nete.—Bapisa le Tše 12:9; Ps 96:5; 1Ko 10:20.
it “Jafeta” ¶11
Jafeta
Kano ea Jafeta. Jafeta o ile a hlokomela hore ke thato ea Molimo hore a loantše Baamone. Ka tšusumetso ea moea o halalelang, o ile a etella pele lebotho la hae ho ea loana. Jafeta o ile a etsa kano ho Jehova joalokaha Jakobo a ile a e etsa lilemo tse 600 pele ho moo. Ka ho etsa joalo, o ne a bontša hore kannete o batla hore ebe Jehova ea mo tataisang le hore o batla hore thoriso e ee ho Jehova haeba a ka hlola Baamone. (Bhl 11:30, 31; Ge 28:20-22) Jehova o ile a utloa kano ea Jafeta eaba o mo thusa ho hlola Baamone.—Bhl 11:32, 33.
“U Phethe Boitlamo Boo u bo Etsang”
6 Morali oa Jafeta o ne a lokela ho sebeletsa Molimo tempeleng bophelo bohle ba hae. Na Jafeta o ne a entse boitlamo a sa nahana? Che, e ka ’na eaba o ne a tseba hore ke morali oa hae ea neng a tla mo khahlanyetsa. Ho sa tsotellehe hore na o ne a tseba kapa che, ho ne ho le thata hore Jafeta le morali oa hae ba phethe tšepiso eo. Ha a bona morali oa hae, Jafeta a qala ho “hahola liaparo tsa hae” ’me a re pelo ea hae e bohloko. Morali oa hae o ile a “llela boroetsana ba hae.” Hobane’ng? Jafeta o ne a se na bara ’me morali oa hae o ne a ke ke a nyaloa, kahoo, Jafeta o ne a ke ke a ba le litloholo. Lelapa la Jafeta le ne le ke ke la ata. Leha ho le joalo, seo e ne e se sa bohlokoa hakaalo. Jafeta o ile a re: “Ke ahlamisitse molomo oa ka ho Jehova, ’me ha ke khone ho koeneha.” Morali oa hae a araba ka ho re: “Nketse ho ea ka se tsoileng molomong oa hao.” (Baahl. 11:35-39) Jafeta le morali oa hae ba ne ba tšepahala ’me ba ikemiselitse ho phetha tšepiso ea bona ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng ka bona.—Bala Deuteronoma 23:21, 23; Pesaleme ea 15:4.
it “Jafeta” ¶2
Jafeta
E ne e le moahloli oa Baiseraele ea tsoang lelokong la Manase. (Nu 26:29; Bhl 11:1) O ile a etsa bonnete ba hore ho na le toka Gileade ka lilemo tse tšeletseng. Ho ka etsahala hore e ne e le nakong eo Eli e neng e le moprista le ha Samuele a sa ntse a le monyenyane. (Bhl 12:7) Taba ea hore Jafeta o ile a re Baiseraele ba lutse karolong e ka bochabela ho Jordane “ka lilemo tse 300” e bontša hore e ka ’na eaba o qalile ho ba moahloli selemong sa 1173 pele ho mehla ea Jesu.—Bhl 11:26.
Molimo o Amohela ba Tšepahalang
“Le be baetsisi ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.”—BAHEB. 6:12.
MOROETSANA o ile a tsoa ho ea khahlanyetsa ntate oa hae. O ne a thabetse ho mo bona a khutla a hlotse ntoeng. O ne a thabile hoo a ileng a bina a ba a tantša. Mohlomong o ile a makatsoa ke seo ntate oa hae a ileng a se etsa le ho se bua. Ntate o ile a tabola liaparo tsa hae ’me a re: “Oho, morali oa ka! Ka sebele u entse hore ke kokobele.” O ile a bolella morali hore o entse tšepiso ho Jehova ’me e tl’o ama morali oa hae bophelo bohle ba hae. Tšepiso eo e ne e tl’o etsa hore a se ke a nyaloa kapa a ba le bana. Empa hang-hang morali o ile a araba ntate ka tsela e khothatsang, a mo khothalletsa hore a phethahatse tšepiso eo a e entseng ho Jehova. Karabo ea hae e ne e bontša hore o kholisehile hore eng kapa eng eo Jehova a batlang hore a e etse e tla ba molemo. (Baahl. 11:34-37) Ha ntate oa hae a bona hore o na le tumelo, o ile a thaba haholo kaha o ne a tseba hore boikemisetso ba hae bo tla thabisa Jehova.
2 Jafeta le morali oa hae ba ne ba tšepa Jehova ka ho feletseng ba bile ba tšepa le tsela eo a etsang lintho ka eona. Ba ile ba mo tšepa esita le maemong a thata. Ba ne ba batla ho amoheloa ke Jehova, ’me ba ikemiselitse ho etsa eng kapa eng ho finyella seo.
3 Ka linako tse ling ho thata ho tšepa Jehova. Ho hlokahala hore re “loane ntoa e thata bakeng sa tumelo.” (Juda 3) Ho ithuta kamoo Jafeta le morali oa hae ba ileng ba mamella maemo a thata kateng ho tla re thusa ho etsa seo. Ba ile ba thusoa ke eng hore ba lule ba tšepahala ho Jehova?
LULA U TŠEPAHALA HO SA TSOTELLEHE TŠUSUMETSO E MPE
4 Jafeta le morali oa hae ba ne ba lemoha hore Baiseraele ha baa ka ba mamela Jehova. Lilemo tse ka bang 300 pele ho moo, Jehova o ne a laetse Baiseraele hore ba bolaee barapeli bohle ba litšoantšo Naheng e Tšepisitsoeng, empa ha baa ka ba mamela. (Deut. 7:1-4) Baiseraele ba bangata ba ile ba qala ho etsisa Bakanana, ba neng ba rapela melimo ea bohata ba bile ba le boitšoaro bo bobe.—Bala Pesaleme ea 106:34-39.
5 Kaha Baiseraele ha baa ka ba mamela Jehova, ha aa ka a ba sireletsa lireng tsa bona. (Baahl. 2:1-3, 11-15; Pes. 106:40-43) E tlameha ebe ho ne ho le thata hore malapa a ratang Jehova a lule a tšepahala ho eena lilemong tseo tse boima. Leha ho le joalo, ho na le batho ba ileng ba lula ba tšepahala ba tlalehiloeng ka Bibeleng, ba kang Jafeta le morali oa hae, Elkana, Anna le Samuele. Ba ne ba ikemiselitse ho khahlisa Jehova.—1 Sam. 1:20-28; 2:26.
6 Batho ba mehleng ena ba nahana joaloka Bakanana le ho etsa lintho joaloka bona. Ba rata boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano, ntoa le chelete. Ke kahoo Jehova a re lemosang ka ho hlaka. O batla ho re sireletsa feela joalokaha a ne a batla ho sireletsa Baiseraele tšusumetsong e mpe ea Bakanana. Na re ka ithuta liphosong tsa bona? (1 Bakor. 10:6-11) A re etseng sohle seo re ka se khonang ho qoba tšusumetso e mpe ea batho ba re potolohileng. (Bar. 12:2) Na re tla fela re etse joalo?
JAFETA O ILE A LULA A TŠEPAHALA LE HOJA A ILE A SOETSEHA
7 Mehleng ea Jafeta, Baiseraele ba ne ba hateletsoe ke Bafilista le Baammone, kaha ha baa ka ba mamela Jehova. (Baahl. 10:7, 8) Ho phaella lireng tseo tsa naha ea habo, Jafeta o ne a boetse a e-na le mathata le barab’abo le baeta-pele ba Iseraele. Kaha barab’abo ba ne ba le mona ba bile ba mo hloile, ba ile ba mo qobella ho tloha sebakeng seo ka molao e leng sa hae. (Baahl. 11:1-3) Jafeta ha aa ka a lumella hore bokhopo ba bona bo ame tsela eo a etsang lintho ka eona. Re tseba seo joang? Hobane ha banna ba baholo ba mo kopa thuso, o ile a ba thusa hang-hang. (Baahl. 11:4-11) Ebe ke eng e ka ’nang eaba e ile ea susumetsa Jafeta ho etsa joalo?
8 Jafeta e ne e le mohlabani ea matla, ’me o ne a tseba histori ea Iseraele hantle le Molao oa Moshe. O ne a ithutile tseleng eo Jehova a tšoarang Baiseraele ka eona hore na ke lintho life tse nepahetseng le tse fosahetseng mahlong a Molimo. (Baahl. 11:12-27) Jafeta o ile a sebelisa tsebo eo ha a etsa liqeto bophelong ba hae. O ne a tseba hantle hore na Jehova o ikutloa joang ka batho ba bohale le ba iphetetsang le hore o batla hore batho ba hae ba ratane. Ho phaella moo, Molao o ne o mo rutile hore na a tšoare batho ba bang joang, esita le ba mo hloileng.—Bala Exoda 23:5; Levitike 19:17, 18.
9 Mohlomong mohlala oa Josefa o ile oa thusa Jafeta. E tlameha ebe o ne a tseba hore Josefa o ile a thusa banab’abo le hoja ba ne ba mo hloile. (Gen. 37:4; 45:4, 5) E ka ’na eaba ho nahana ka mohlala ona ho ile ha thusa Jafeta hore a itšoare ka tsela e khahlisang Jehova. Barab’abo Jafeta ba ile ba mo utloisa bohloko. Empa Jafeta o ne a nka hore ho loanela lebitso la Jehova le batho ba hae ke habohlokoa ho feta tsela eo a ikutloang ka eona. (Baahl. 11:9) O ne a ikemiselitse ho tšepahala ho Jehova. Boikutlo bona bo ile ba etsa hore Jehova a mo hlohonolofatse hammoho le Baiseraele.—Baheb. 11:32, 33.
10 Na ho na le seo re ka ithuta’ng sona mohlaleng oa Jafeta? Re tla etsa’ng ha Bakreste-’moho le rona ba re utloisa bohloko kapa re nka hore ba re tšoara ka leeme? Ha rea lokela ho lumella seo hore se re thibele ho sebeletsa Jehova. A re se keng ra khaotsa ho ea libokeng kapa ho qeta nako re e-na le balumeli-’moho le rona. A re etsiseng Jafeta ’me re mamele Jehova. Sena se tla re thusa ho mamella le maemong a thata, e le hore le rona re ka behela ba bang mohlala o motle.—Bar. 12:20, 21; Bakol. 3:13.
MAHLABELO A ETSOANG KA BOITHAOPO A BONTŠA TUMELO EA RONA
11 Jafeta o ne a tseba hore o hloka thuso ea Molimo e le hore a ka lopolla Baiseraele ho Baammone. O ile a tšepisa Jehova hore ha a ka mo thusa ho hlola, o tla mo fa motho oa pele ea tla tsoa ka tlung ho tla mo khahlanyetsa ha a khutla ntoeng, e le “nyehelo ea secheso.” (Baahl. 11:30, 31) Seo se ne se bolela’ng?
12 Jehova ha a rate ha batho ba etsoa mahlabelo, kahoo rea tseba hore Jafeta o ne a sa tl’o bolaea motho eo. (Deut. 18:9, 10) Molaong oa Moshe, nyehelo ea secheso e ne e le mpho e ikhethang eo motho a neng a e fa Jehova kaofela. Kahoo, Jafeta o ne a bolela hore motho eo a neng a tla mo fa Jehova o ne a tla sebeletsa tabernakeleng bophelo bohle ba hae. Jehova o ile a mamela Jafeta eaba o mo thusa ho hlola ntoeng. (Baahl. 11:32, 33) Joale Jafeta o ne a tla fana ka mang ho Jehova?
13 Ak’u nahane ka boemo bo hlalositsoeng qalong ea sehlooho sena. Ha Jafeta a khutla ntoeng, motho oa pele ea ileng a tsoa ho tla mo khahlanyetsa e bile morali oa hae, eo e neng e le ngoana ea mong feela! Na Jafeta o ne a tla phethahatsa tšepiso ea hae? Na o ne a tla nyehela morali oa hae ho Jehova, e le hore a sebeletse tabernakeleng bophelo bohle ba hae?
14 E tlameha ebe melao-motheo e Molaong oa Molimo e ile ea boela ea thusa Jafeta hore a etse qeto e nepahetseng. Mohlomong o ile a hopola mantsoe a ho Exoda 23:19, a reng batho ba Molimo ba lokela ho ithaopela ho fa Jehova lintho tse ntle ka ho fetisisa. Molao o ne o boetse o re ha motho a entse kano ho Jehova, ha aa lokela ho “koenehela lentsoe la hae. O lokela ho etsa tumellanong le sohle se tsoileng molomong oa hae.” (Num. 30:2) Jafeta o ne a lokela ho phethahatsa tšepiso ea hae, le hoja a ne a tseba hore na e ne e tla mo ama hakae le morali oa hae, ’me o ne a tla be a etsisa Anna eo mohlomong a phetseng mehleng ea hae. Morali oa hae o ne a ke ke a ba le bana kaha o ne a tla be a sebeletsa tabernakeleng. Kahoo, Jafeta o ne a sa tl’o ba le mojalefa. (Baahl. 11:34) Leha ho le joalo, Jafeta o ile a re: “Ke ahlamisitse molomo oa ka ho Jehova, ’me ha ke khone ho koeneha.” (Baahl. 11:35) Jehova o ile a amohela nyehelo eo ea Jafeta, ’me a mo hlohonolofatsa. Na u ka be u ile oa tšepahala joaloka Jafeta?
15 Ha re inehela ho Jehova, re ile ra mo tšepisa hore re tla etsa thato ea hae ka linako tsohle. Re ne re tseba hore ha se kamehla ho tla ba bonolo ho phethahatsa tšepiso eo. Empa re itšoara joang ha re koptjoa hore re etse ntho eo re sa e rateng? Haeba re ikemiselitse re bile re ithaopela ho mamela Molimo, re bontša hore re tšepahalla tšepiso eo re e entseng. Mahlabelo a rona a ka ’na a re utloisa bohloko, empa kamehla litlhohonolofatso tsa Jehova li ba ngata. (Mal. 3:10) Joale re ithuta’ng mohlaleng oa morali oa Jafeta? O ile a itšoara joang ha a utloa tšepiso eo ntate oa hae a e entseng?
16 Tšepiso ea Jafeta e ne e fapane le ea Anna. Anna o ne a tšepisitse hore o tla isa mora oa hae Samuele tabernakeleng ho ea sebeletsa e le Monazari. (1 Sam. 1:11) Banazari ba ne ba lumeletsoe ho nyala le ho ba le malapa. Empa morali oa Jafeta o ne a fanoe e le “nyehelo ea secheso,” kahoo o ne a ke ke a nyaloa le ho ba le bana. (Baahl. 11:37-40) Ak’u nahane ka seo a ileng a se tela! Mohlomong a ka be a nyetsoe ke monna ea hlaheletseng kaha ntate oa hae e ne e le moeta-pele oa Iseraele. Empa joale e ne e tl’o ba mosebeletsi tabernakeleng. Ebe o ile a itšoara joang? O ile a bontša hore o nka ho sebeletsa Jehova e le habohlokoa, ha a re ho ntate oa hae: “Nketse ho ea ka se tsoileng molomong oa hao.” (Baahl. 11:36) O ile a tela ho ba le monna le bana e le hore a sebeletse Jehova. Re ka etsisa moea oa hae oa boitelo joang?
17 Bacha ba bangata ba Bakreste ba khetha ho se kene lenyalong ’me banyalani ba bang ba khetha ho se be le bana, mohlomong ho fihlela ka nako e itseng. Hobane’ng? Hobane ba batla ho sebeletsa Jehova haholoanyane. Hape, Bakreste ba bangata ba holileng ba tela nako eo ba ka beng ba e qeta le bana ba bona le litloholo. Ho e-na le hoo, ba sebelisa nako le matla a bona tšebeletsong ea Jehova. Ba bang ba bona ba sebetsa libakeng tsa kaho kapa ba ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso, e be ba ea liphuthehong tse hlokang bahoeletsi ba eketsehileng. Ba bang ba etsa litlhophiso tsa hore ba eketse tšebeletso ea bona ho Jehova likhoeling tsa Sehopotso. Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oo bahlanka ba hae ba tšepahalang ba o entseng ka lerato. (Bala Baheberu 6:10-12.) Uena u tla etsa joang? Na u tla itela e le hore u sebeletse Jehova haholoanyane?
RE ITHUTILE’NG?
18 Ke eng e thusitseng Jafeta hore a hlole mathata a hae a mangata? O ile a lumella Jehova hore a mo tataise ha a etsa liqeto. O ile a khetha hore a se ke a susumetsoa ke batho ba mo potolohileng. ’Me a lula a tšepahala esita le ha batho ba bang ba mo utloisa bohloko. Jehova o ile a hlohonolofatsa Jafeta le morali oa hae ka lebaka la boitelo ba bona, ’me a boela a ba sebelisetsa ho atolosa borapeli ba ’nete. Le ha ba bang ba khaotsa ho etsa se nepahetseng, Jafeta le morali oa hae ba ile ba lula ba tšepahala ho Jehova.
19 Bibele e re: “Le be baetsisi ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.” (Baheb. 6:12) A re etsiseng Jafeta le morali oa hae, kaha Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re lula re tšepahala.
KHAOLO EA 20
O Ile a ba Sebete ha a ne a Fokola
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ke joang Samsone a neng a ka ama litopo tsa batho bao a ba bolaileng a ba a lula e ntse e le Monazari?
Iseraeleng ea boholo-holo, motho o ne a ka etsa kano ka boithaopo ’me ea e-ba Monazari ka nako e itseng. E ’ngoe ea lithibelo tse neng li tlama motho ea neng a etsa kano eo e ne e re: “A se ke a atamela moea leha e le ofe o shoeleng ka matsatsi ’ohle a ho ipoloka ha hae a khethetsoe Jehova. A se ke a itšilafatsa esita le ka ntat’ae kapa ’m’ae kapa mor’abo kapa khaitseli ea hae ha ba shoa.” Empa ho thoe’ng haeba motho e mong a ne “a ka shoela haufi le eena ka tšohanyetso”? Ho ama setopo joalo e se ka boikemisetso ho ne ho tla silafatsa Bonazari ba hae. Kahoo, ho ne ho itsoe: “Matsatsi a pele a ke ke a baloa.” O ne a tla lokela ho etsa tšebeletso ea ho itlhoekisa ebe o qala nako ea Bonazari hape.—Numere 6:6-12.
Leha ho le joalo, Samsone e ne e le Monazari ka kutloisiso e fapaneng le eo. Pele Samsone a tsoaloa, lengeloi la Jehova le ile la re ho ’m’ae: “Bona! u tla ima, ’me ka sebele u tla tsoala mora, ’me ha ho lehare le lokelang ho feta hloohong ea hae, hobane ngoana eo e tla ba Monazari oa Molimo ha a tsoa ka mpeng; ke eena ea tla etella pele ho pholoseng Baiseraele matsohong a Bafilista.” (Baahloli 13:5) Samsone ha aa ka a nka kano ea Bonazari. O ne a khethiloe ke Molimo hore e be Monazari bophelo bohle ba hae. Thibelo e mabapi le ho ama setopo e ne e ke ke ea sebetsa ho eena. Haeba e ne e sebetsa ho eena ’me a ama setopo e se ka boikemisetso, ke joang a neng a ka qala bophelo ba Bonazari ho tloha tsoalong ea hae? Kahoo, hoa bonahala hore lintho tse neng li hlokahala ho bao e neng e e-ba Banazari bophelo bohle ba bona li ne li fapane ka litsela tse itseng le tse neng li hlokoa ho ba ithaopelang ho ba Banazari.
Ak’u nahane ka litaelo tsa Jehova ho batho bana ba bararo bao e bileng Banazari bophelo bohle ba bona bao ho buuoeng ka bona ka Bibeleng, e leng Samsone, Samuele le Johanne Mokolobetsi. Joalokaha re bone pejana, ho ne ho hlokahala hore Samsone a se ke a kuta moriri oa hlooho ea hae. Malebana le ngoana oa hae ea neng a tla emoloa—e leng Samuele—Anna o ile a etsa kano ena: “Ke tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, ’me ha ho lehare le tla feta hloohong ea hae.” (1 Samuele 1:11) Tabeng ea Johanne Mokolobetsi, lengeloi la Jehova le ile la re: “A se ke a noa veine le seno se bohale ho hang.” (Luka 1:15) Ho feta moo, “Johanne o ne a apere liaparo tsa boea ba kamele ’me a itlamme lethekeng ka senyepa sa letlalo; lijo tsa hae le tsona e ne e le litsie le mahe a linotši a naheng.” (Matheu 3:4) Ha ho le ea mong oa batho bana ba bararo ea ileng a laeloa hore a se ke a atamela moea o shoeleng.
Le hoja e ne e le Monazari, Samsone e ne e le e mong oa baahloli bao Jehova a ileng a ba hlahisa hore ba pholose Baiseraele matsohong a ba ba nkelang thepa ka mahahapa. (Baahloli 2:16) ’Me ha a ntse a phetha mosebetsi ona, o ile a ama litopo. Ketsahalong e ’ngoe, Samsone o ile a bolaea Bafilista ba 30 eaba o ba hlobolisa liaparo tsa bona. Hamorao, o ile a qala ho hlasela ba lireng, “a bokella maoto le lirope ka polao e kholo.” Hape, o ile a nka lesapo la mohlahare le mongobo la esele eaba o bolaea banna ba sekete ka lona. (Baahloli 14:19; 15:8, 15) Samsone o ile a etsa tsena tsohle hobane a ne a amoheloa le ho thusoa ke Jehova. Mangolo a bua ka eena e le monna ea neng a beha mohlala oa tumelo.—Baheberu 11:32; 12:1.
“Pholletsa le Naha”
7 Ho Baahloli 16:2 u ka bala ka Moahloli Samsone ha a le Gaza. Lebitso Gaza le hlahella khafetsa litlalehong tsa litaba tsa morao tjena, ka hona u ka ’na oa ba le leselinyana la sebaka seo Samsone a neng a le ho sona, naheng ea Bafilista e pel’a Lebopo la Mediterranean. Joale ela hloko se buuoang ke Baahloli 16:3: “Samsone a ’na a robala ho fihlela har’a mp’a bosiu ’me joale a tsoha har’a mp’a bosiu eaba o tšoara mamati a heke ea motse le lipalo tse peli tse lehlakoreng ’me a li ntša hammoho le leballo eaba o li jara mahetleng ’me o qala ho li nyollela tlhorong ea thaba e ka pel’a Hebrone.”
8 Ha ho potang hore liheke le lipalo tse lehlakoreng tsa qhobosheane e kang ea Gaza e lokela hore ebe li ne li le kholo ’me li le boima. Nahana u se u leka ho li nka! Samsone o ile a li nka, empa o ile a li isa hokae, hona o ne a lokela ho nka leeto la mofuta ofe? Bonneteng, Gaza e lebopong hoo e ka bang bophahamong ba leoatle. Empa Hebrone e ka bochabela ’me e phahame ka limithara tse 900—moepa oa eona o hlile o eme! Ha re tsebe hantle hore na sebaka sa “thaba e ka pel’a Hebrone” e ne e le sefe, empa motse oa Hebrone ona o bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 60 ho tloha Gaza—ho feta moo o qhooeng! Na ho tseba bohole ba sebaka seo ha ho etse hore ketso ea Samsone e be e ikhethang? Empa hopola hore na ke hobane’ng ha Samsone a ne a khona ho etsa liketso tse joalo—“moea oa Jehova [o ile] oa sebetsa ho eena.” (Baahloli 14:6, 19; 15:14) Re le Bakreste kajeno, ha rea lebella hore moea oa Molimo o re fe matla a itseng a mohlolo. Empa, moea oona oo o matla o ka eketsa kutloisiso ea rona ea lintho tsa moea le ho re matlafatsa ho ea ka motho eo re leng eena ka hare. (1 Bakorinthe 2:10-16; 13:8; Baefese 3:16; Bakolose 1:9, 10) E, ho utloisisa tlaleho e buang ka Samsone hoa re kholisa hore moea oa Molimo o ka re thusa.
Samsone o Hlola ka Matla a Jehova!
Haeba likotoana tsa silevera e ne e le lishekele, mpho ea lishekele tse 5 500 e ne e le tjotjo e toma. Abrahama o ile a lefa lishekele tse 400 bakeng sa sebaka sa lepato sa mosali oa hae, ’me lekhoba lona le ne le rekisoa ka tse 30 feela. (Genese 23:14-20; Exoda 21:32) Taba ea hore ebe marena a selekane—babusi ba metse e mehlano ea Bafilista—a ile a fa Delila tjotjo, ho e-na le ho mo kopa hore a a thuse hobane a tšepahalla morabe oa habo e bontša hore mohlomong e ne e le mosali oa Moiseraele. Leha ho le joalo, Delila o ile a amohela mpho eo.
it “Samsone” ¶10
Samsone
Ha Samsone a se a le teronkong a sena matla, Bafilista ba ile ba rera ho etsa mokete o moholo bakeng sa molimo oa bona Dagone. Ba ne ba nka hore ke eena ea ba thusitseng ho tšoara Samsone. Marena a Bafilista le batho ba bangata ba ne ba bokane ntlong eo ho neng ho rapeloa Dagone ho eona. Marulelong feela ho ne ho e-na le banna le basali ba 3 000. Ka nako eo, moriri oa Samsone o ne o se o holile. Bafilista bao ba thabileng ba ile ba re a tlisoe e le hore a tl’o ba qabola. Ha a fihla ho bona, o ile a kopa moshanyana ea mo tlisitseng hore a mo tšoarise lipilara tse tšehelitseng ntlo. Ka mor’a moo o ile a rapela Jehova a re: “Ke kopa u nkhopole ’me u ’matlafatse. Molimo oa ka, ke kopa u nthuse lekhetlong lena feela hore ke iphetetse ho Bafilista bonyane bakeng sa leihlo le le leng ho a mabeli ao ba a ntšitseng.” (Bhl 16:22-28) Ho ka etsahala hore o ile a rapella ho iphetetsa bakeng sa leihlo le leng feela hobane a ne a hlokometse hore e ne e le phoso ea hae hore ebe o lahlehetsoe ke mahlo a mabeli. Kapa o ne a utloa a ke ke a khona ho iphetetsa ka ho feletseng joaloka moemeli oa Jehova.
ijwis sehlooho sa 14
Moea o Halalelang o fa Samsone Matla a sa Tloaelehang
PALE EA BIBELE E TSAMAISANANG LE LITŠOANTŠO
[Ketsahalo ea 1]
[Moqolotsi:] KA LETSATSI LE LENG, LENGELOI LA MOLIMO LE ILE LA EA HO MONNA EA BITSOANG MANOOA LE MOSALI OA HAE. LE ILE LA BA BOLELLA HORE BA TLA BA LE MORA EA BITSOANG SAMSONE, LE HORE BA NE BA LOKELA HO MO FA TLHOKOMELO E KHETHEHILENG.
[Moqolotsi:] SAMSONE E NE E TLA BA MONAZARI.
[Ketsahalo ea 2]
[Moqolotsi:] HAFEELA SAMSONE A NE A SA KUTE MORIRI OA HAE, MOEA O HALALELANG OA JEHOVA O NE O MO THUSA HO ETSA LINTHO TSE HLOLLANG LE HO LOANA LE LIRA TSA MOLIMO E LENG BAFILISTA.
[Moqolotsi:] BALA BAAHLOLI 14:5, 6.
[Moqolotsi:] BALA BAAHLOLI 15:13, 14.
[Moqolotsi:] BALA BAAHLOLI 15:15.
[Ketsahalo ea 3]
[Moqolotsi:] BALA BAAHLOLI 16:3.
[Moqolotsi:] NAKO LE NAKO HA SAMSONE A HLOLA BAFILISTA, BA NE BA HALEFA LE HO FETA. BA ILE BA KOPANA E LE HORE BA RERE HORE NA BA KA MO HLOLA JOANG.
[Mofilista oa 1:] SAMSONE O MATLA HAHOLO.
[Mofilista oa 2:] EMA PELE. . . RE KA ’NA RA FUMANA MOKHOA OA HO MO HLOLA . . .
[Ketsahalo ea 4]
[Moqolotsi:] BAFILISTA BA ILE BA TLA KA LEQHEKA LA HO PATALA MOSALI EA BITSOANG DELILA, EO SAMSONE A NENG A MO RATA HORE A QHEKELLE SAMSONE E LE HORE A MO BOLELLE MOO A NKANG MATLA A HAE TENG.
[Delila:] SAMSONE, HO TLILE JOANG HORE U BE MATLA HAKAALE?
[Delila:] TLOHELA HO NTLOLISA KHATI HLE. MPOLELLE HORE NA KE HOBANE’NG HA U LE MATLA HAKANA.
[Delila:] HAEBA EHLILE OA NTHATA, U TLA MPOLELLA.
[Samsone:] KE KA LEBAKA LA . . . MORIRI OA KA.
MORIRI OA KA HA O E-S’O KUTOE HAESALE.
[Ketsahalo ea 5]
[Moqolotsi:] DELILA O ILE A THUSA BAFILISTA HO IPHETETSA.
[Moqolotsi:] KA MOR’A HORE SAMSONE A ROBALE, MONNA E MONG O ILE A KUTA MORIRI OA HAE. BAFILISTA BA ILE BA MO HONYA MAHLO EABA BA MO ISA GAZA.
[Ketsahalo ea 6]
[Moqolotsi:] HA A LE TERONKONG, O ILE A IKOAHLAELA PHOSO EA HAE.
[Samsone:] NKA BE KE SA MO BOLELLA SEPHIRI SA KA.
[Samsone:] JEHOVA, KE KOPA U NTŠOARELE. KEA U KOPA HLE.
[Ketsahalo ea 7]
[Moqolotsi:] BAFILISTA BA ILE BA ETSA MOKETE OA SEMETLETSA E LE HO KETEKA LE HO TLOTLISA MOLIMO OA BONA DAGONE. BA ILE BA TLISA SAMSONE E LE HORE BA MO SOME.
[Mofilista oa 1:] SAMSONE, KE MANG EA MATLA HONA JOALE?
[Mofilista oa 2:] DAGONE O MATLA HO FETA MOLIMO OA SAMSONE!
[Ketsahalo ea 8]
[Moqolotsi:] BAFILISTA BA ’NA BA ROHAKA SAMSONE LE JEHOVA. EMPA MORIRI OA SAMSONE O NE O SE O METSE.
[Samsone:] JEHOVA ’MUSI OA LINTHO TSOHLE, KE KOPA U NKHOPOLE ’ME U ’MATLAFATSE. KE KOPA U NTHUSE LEKHETLONG LENA FEELA.
[Ketsahalo ea 9]
[Moqolotsi:] A ITŠOARELLETSA KA LIPILARA TSE NENG LI TŠEHELITSE NTLO EO EABA O LI SUTUMETSA KA MATLA A HAE KAOFELA.
[Moqolotsi:] JEHOVA O ILE A MO FA MOEA O HALALELANG ’ME A BA MATLA HAPE.
[Moqolotsi:] KAHOO SAMSONE O ILE A BOLAEA BAFILISTA BA BANGATA BA NENG BA ILE BA SOTLA BAISERAELE KA NAKO E TELELE.
[LEBOKOSE]
RE ITHUTA’NG PALENG EE?
SAMSONE O NE A FUOA MATLA KE’NG?
NTLHA E THUSANG: BAAHLOLI 13:25.
KE ENG E ILENG EA THUSA SAMSONE HORE A BOELE A BE MATLA?
NTLHA E THUSANG: BAAHLOLI 16:28.
U KA ETSA’NG HORE U FUMANE MOEA O HALALELANG?
NTLHA E THUSANG: LUKA 11:13.
SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 37
Tšepa Jehova Joaloka Samsone
“Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, ke kopa u nkhopole ’me u ’matlafatse.”—BAAHL. 16:28.
SEO RE TL’O ITHUTA SONA
Lebitso la Samsone le tsejoa ke batho ba bangata, esita le ba sa tsebeng Bibele hakaalo. Batho ba entse litšoantšiso, lipina le lifilimi tse buang ka pale ea hae. Leha ho le joalo, pale ea bophelo ba hae ha se tšomo feela. Pale ea monna enoa ea neng a e-na le tumelo e matla e ka re ruta lithuto tse ngata tsa bohlokoa.
KE’NG e tlang ka hloohong ea hao ha u utloa lebitso Samsone? Mohlomong u nahana ka monna ea neng a e-na le matla a sa tloaelehang. Teng ke ’nete o ne a le matla empa o ile a etsa qeto e fosahetseng e ileng ea mo tlisetsa litla-morao tse bohloko. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a ameha haholo ka taba ea hore Samsone o ile a tšepahala ’me o kenyelelitse pale ea hae ka Bibeleng e le hore e re tsoele molemo.
2 Jehova o ile a sebelisa Samsone ho etsa lintho tse kholo e le hore a thuse sechaba sa hae sa Iseraele. Lilemo tse makholo ka mor’a hore Samsone a shoe, Jehova o ile a susumeletsa moapostola Pauluse hore a kenyelletse lebitso la Samsone lethathamong la batho ba neng ba e-na le tumelo ka tsela e khethehileng. (Baheb. 11:32-34) Mohlala oa Samsone o ka re khothatsa. O ile a tšepa Jehova leha ho ne ho le boima. A re boneng hore na mohlala oa hae o ka re khothatsa joang le hore na re ka ithuta eng ho oona.
SAMSONE O NE A TŠEPILE JEHOVA
3 Samsone o hlahile nakong eo Bafilista ba neng ba busa Baiseraele ba bile ba ba hatella. (Baahl. 13:1) Baiseraele ba ne ba sotlehile haholo ka lebaka la khatello eo. Jehova o ile a khetha Samsone hore e be eena “ea etellang pele ho pholosa Baiseraele ho Bafilista.” (Baahl. 13:5) E ne e le mosebetsi o boima haholo. E le hore Samsone a khone ho phetha mosebetsi oo, o ne a tla lokela ho tšepa Jehova.
4 Nahana ka mohlala ona o bontšang kamoo Samsone a ileng a tšepa Jehova le kamoo Jehova a ileng a mo thusa kateng. Ka le leng lebotho la Bafilista le ile la tla motseng oa Lehi ho tla tšoara Samsone. E ka ’na eaba Lehi e ne e le motse oa Juda. Banna ba Juda ba ne ba tšohile eaba ba etsa qeto ea ho fana ka Samsone ho ba lireng. Batho ba habo Samsone ba ile ba mo tlama ka liropo tse peli tse ncha eaba ba mo isa ho Bafilista. (Baahl. 15:9-13) Leha ho le joalo, ‘moea o halalelang oa Jehova oa mo fa matla’ eaba o khaola liropo tseo. Ka mor’a moo, “a fumana lesapo la mohlahare oa tonki e tona e sa tsoa shoa,” a le nka eaba o bolaea banna ba Bafilista ba 1 000 ka lona.—Bala Baahloli 15:14-16.
5 Ke hobane’ng ha Samsone a ile a sebelisa mohlahare oa tonki? Ke mang ea ka loanang ka mohlahare oa tonki? E tlameha ebe Samsone o ne a tseba hore Jehova ke eena ea neng a tla mo thusa ho hlola Bafilista ho sa tsotellehe hore na o sebelisa sebetsa sefe. Monna enoa ea nang le tumelo o ile a sebelisa seo a neng a ka se fumana hore a etse thato ea Jehova. Ho hlakile hore Jehova o ile a hlohonolofatsa Samsone haholo hobane a ne a mo tšepile.
6 Le rona Jehova a ka re fa matla a ho etsa mesebetsi eohle eo a re fang eona le haeba e ka bonahala e le boima haholo. A ka re thusa ka tsela e ka re makatsang. E-ba le tumelo ea hore Jehova o tla u thusa ho etsa thato ea hae feela joalokaha a ile a thusa Samsone hafeela u mo tšepa.—Liprov. 16:3.
7 Bana ba bo rona ba bangata ba etsang mesebetsi ea ho haha libaka tsa borapeli ba bontšitse hore ba tšepa Jehova. Nakong e fetileng ba ne ba iketsetsa meralo ea Liholo Tsa ’Muso le mehaho e meng ba bile ba ikahela eona. Leha ho le joalo, ha mokhatlo oa Jehova o ntse o hola, ba ile ba tlameha ho etsa lintho ka tsela e fapaneng. Bara ba bo rona ba etellang pele ba ile ba kopa tataiso ho Jehova eaba ba leka mekhoa e mecha e kang ho reka mehaho ebe baa e nchafatsa. Lilemong tse sa tsoa feta, Mor’abo rona Robert o ile a kenella mesebetsing e mengata ea ho hahoa ha libaka tsa borapeli linaheng tse ngata lefatšeng. O re: “Qalong ba bang ba ile ba thatafalloa ke ho amohela mokhoa ona o mocha oa tšebetso. O ne o fapane hole le oo re neng re tloaetse ho o sebelisa ka lilemo tse ngata. Empa bana ba bo rona ba ile ba ikemisetsa ho fetoha le maemo ’me ho bonahetse hore Jehova o hlohonolofatsa mokhoa ona o mocha oa ho sebetsa.” Ona ke mohlala o mong o bontšang kamoo Jehova a tataisang batho ba hae kateng hore ba etse thato ea hae. Ho hotle hore nako le nako kaofela ha rona re ipotse potso ena, ‘Na ke batla tataiso ea Jehova le ho fetoha le maemo ha ke mo sebeletsa?’
SAMSONE O ILE A SEBELISA LINTHO TSEO JEHOVA A MO FILENG TSONA
8 E ka ’na eaba u kile oa bala ka lintho tse ling tse makatsang tseo Samsone a ileng a li etsa. O ile a bolaea tau a le mong eaba hamorao o bolaea banna ba 30 motseng oa Bafilista o bitsoang Ashkelone. (Baahl. 14:5, 6, 19) Samsone o ne a tseba hore a ka be a sa khona ho etsa lintho tseo hoja Jehova a se ke a mo thusa. Taba eo e ile ea bonahala hantle ka lekhetlo le leng ha Samsone a ne a nyoriloe haholo ka mor’a hore a bolaee Bafilista ba 1 000. O ile a etsa’ng? Ho e-na le hore a ipatlele metsi, o ile a kopa Jehova hore a mo thuse.—Baahl. 15:18.
9 Jehova o ile a arabela thapelo ea Samsone ka ho etsa hore ho be le metsi ka mohlolo. Ha Samsone a noa metsi ao, o ile “a boela a ba le matla.” (Bala Baahloli 15:19.) Ho bonahala eka seliba seo metsi ana a ileng a tsoa ho sona se ne se ntse se le teng lilemo tse ngata hamorao, ha moprofeta Samuele a susumetsoa ke moea oa Molimo hore a ngole buka ea Baahloli. E ka ’na eaba Baiseraele ba ileng ba bona metsi a hlahang selibeng seo ba ile ba hopola hore bahlanka ba Jehova ba ka tšepa hore o tla ba thusa nakong eo ba hlokang thuso.
10 Le rona re lokela ho kopa thuso ea Jehova ho sa tsotellehe hore na re na le litalenta le bokhoni bofe kapa hore na ke lintho life tseo re li finyeletseng tšebeletsong ea Jehova. Re lokela ho ikokobetsa ’me re lumele hore re tla atleha hafeela re tšepile Jehova. Samsone o ile a fumana matla ha a ne a noa metsi ao Jehova a mo fileng ’ona. Le rona re tla ba matla tumelong ha re sebelisa lintho tsohle tseo Jehova a re fang tsona.—Mat. 11:28.
11 Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Aleksey oa Russia ea mameletseng mahloriso a boima. Ke’ng e mo thusitseng ho lula a le matla tlas’a maemo aa a thata? Eena le mosali oa hae ba rapela Jehova le ho ithuta Bibele kamehla. O re: “Ke leka ho etsa hore letsatsi le letsatsi ke bale Bibele le hore ke ithute ka Jehova kamehla. Hoseng ho hong le ho hong ’na le mosali oa ka re tšohla temana ea letsatsi le ho rapela Jehova.” Re ithuta’ng tabeng ee? Re lokela ho tšepa Jehova ho e-na le hore re itšepe. Re ka bontša joang hore rea mo tšepa? Re lokela ho matlafatsa tumelo ea rona ka ho itloaetsa ho etsa lintho tse kang ho ithuta Bibele, ho rapela le ho ea libokeng le tšimong. Ha re etsa joalo, Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona ba ho mo sebeletsa. Re ka kholiseha hore o tla re matlafatsa feela joalokaha a ile a matlafatsa Samsone.
SAMSONE HA AA KA A TELA
12 Kaha Samsone o ne a sa phethahala joaloka rona, ka linako tse ling o ile a etsa liqeto tse fosahetseng. E ’ngoe ea liqeto tseo a ileng a li etsa e ile ea fella ka masisa-pelo. Samsone e ne e bile moahloli ka nakoana ha “a khahloa ke mosali e mong Khohlong ea Soreke ’me lebitso la mosali eo e ne e le Delila.” (Baahl. 16:4) Pele ho moo, Samsone o ne a tl’o nyala mosali oa Mofilista empa qeto eo e ne “e susumetsoa ke Jehova hobane o ne a batla monyetla oa ho loantša Bafilista.” Hamorao Samsone o ile a lula ntlong ea mosali oa letekatse motseng oa Bafilista o bitsoang Gaza. Ha a le motseng oo, Molimo o ile a mo fa matla a ho ntša likeiti tsa motse le ho tsamaea ka tsona eaba motse o sala o le lepalapaleng. (Baahl. 14:1-4; 16:1-3) Empa taba ea Delila eona e ne e fapane hobane ho ka etsahala hore ebe e ne e le Moiseraele.
13 Bafilista ba ile ba reka Delila ka chelete e ngata e le hore a tsoe Samsone tlase. Na Samsone o ne a foufalitsoe ke lerato hoo a ileng a sitoa ho bona hore na Delila o batla ho etsa’ng? Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Delila o ile a phehella Samsone ka makhetlo hore a mo bolelle hore na o nka matla a hae kae eaba Samsone o qetella a inehetse. Ka bomalimabe, Samsone o ile a ipeha boemong bo ileng ba etsa hore a lahleheloe ke matla a hae le hore Jehova a mo lahle ka nakoana.—Baahl. 16:16-20.
14 Samsone o ile a fumana litholoana tse bosula hobane a ile a tšepa Delila ho e-na le ho tšepa Jehova. Bafilista ba ile ba mo tšoara eaba ba mo ntša mahlo. O ile a kenngoa teronkong Gaza e leng oona motse oane oo a neng a ile a tlotlolla batho ba oona eaba e ba motho ea silang koro. Hamorao Bafilista ba ile ba tlotlolla Samsone nakong eo ba neng ba entse mokete. Ba ile ba etsetsa molimo oa bona oa bohata Dagone sehlabelo se seholo joalokaha eka ke eena ea neng a ba file Samsone. Ba ile ba ntša Samsone teronkong ba mo tlisa moketeng oo e le hore ‘a tl’o ba qabola.’—Baahl. 16:21-25.
15 Samsone o ne a entse phoso e kholo empa ha aa ka a tela. O ile a batla monyetla oa ho phetha thomo eo Molimo a neng a mo file eona ea ho loantša Bafilista. (Bala Baahloli 16:28-30.) Samsone o ile a rapela Jehova a re: “Ke kopa u nthuse . . . hore ke iphetetse ho Bafilista.” Molimo oa ’nete o ile a araba kopo ea Samsone eaba o mo fa matla a sa tloaelehang hape. Ka lebaka leo, Samsone o ile a atleha ho bolaea Bafilista ba bangata ho feta bao a neng a kile a ba bolaea pele ho moo.
16 Le hoja Samsone a ile a fumana litholoana tse bosula ka lebaka la phoso ea hae, ha aa ka a khaotsa ho leka ho etsa thato ea Jehova. Le haeba re ka etsa phoso eaba rea khalemeloa kapa re lahleheloa ke mosebetsi o itseng ka mokhatlong oa Jehova, ha rea lokela ho tela. Re lokela ho hopola hore Jehova o lula a ikemiselitse ho re tšoarela. (Pes. 103:8-10) Leha re entse liphoso, Jehova a ka tsoela pele a re sebelisa feela joalokaha a ile a sebelisa Samsone.
17 Nahana ka mohlala oa mor’abo rona e mocha ea bitsoang Michael. O ne a phathahane ka ho sebeletsa Jehova, e le mohlanka ea sebeletsang ebile e le pula-maliboho ea kamehla. Ka masoabi o ile a etsa phoso e ileng ea etsa hore a qetelle a amohuoe mesebetsi eohle eo a neng a e etsa ka phuthehong. O re: “Pele ho moo, ke ne ke phathahane haholo ka ho sebeletsa Jehova. Eaba ka ho panya ha leihlo, ke se ke utloa eka ha ho sa na letho leo nka hlolang ke mo etsetsa lona. Ha ho mohla nkileng ka nahana hore Jehova a ka ntahla empa ke ne ke ipotsa hore na ebe setsoalle sa ka le eena se tla ke se tšoane le pele. Hape ke ne ke ipotsa hore na ho na le mohla ke tla mo sebeletsa ka botlalo ka phuthehong joalokaha ke ne ke ile ka etsa.”
18 Litaba tse monate ke hore Mor’abo rona Michael ha aa ka a tela. O re: “Ke ile ka sebetsa ka thata ho lokisa kamano ea ka le Jehova ka hore kamehla ke mo rapele ho tsoa pelong, ke ithute ke be ke nahanisise.” Ka mor’a nako Michael o ile a boela a tšoaneleha hore a ka sebelisoa hape ka phuthehong. Hona joale ke moholo ebile ke pula-maliboho ea kamehla. O re: “Bana beso ka phuthehong, haholo-holo baholo, ba ile ba ntšehetsa le ho nkhothatsa ’me ntho eo e ile ea etsa hore ke bone hore Jehova o ntse a nthata. Hona joale ke khona ho sebeletsa hape ka phuthehong ka letsoalo le khutsitseng. Lintho tsena tse nketsahaletseng li nthutile hore Jehova o tla tšoarela mang kapa mang ea bakang e le kannete.” Re ka kholiseha hore Jehova o tla re sebelisa a be a re hlohonolofatse le haeba re entse liphoso, hafeela re etsa sohle hore re li tlohele re bile re tsoela pele ho mo tšepa.—Pes. 86:5; Liprov. 28:13.
19 Sehloohong sena re tšohlile tse ling tsa liketsahalo tse hlollang paleng ea Samsone. Le hoja a ne a sa phethahala, ha aa ka a tlohela ho sebeletsa Jehova esita le ka mor’a hore a etse phoso tabeng ea Delila. Le Jehova o ile a tsoela pele ho mo sebelisa ho etsa lintho tse kholo. Hape Jehova o ile a ’na a mo nka e le motho ea nang le tumelo ka tsela e khethehileng a ba a mo kenyeletsa lethathamong la batho ba tšepahalang ba hlahang ho Baheberu khaolo ea 11. Kannete hoa khothatsa ho tseba hore re sebeletsa Ntate oa rona ea leholimong ea re ratang, ea batlang ho re matlafatsa haholo-holo ha re fokola. E se eka le rona joaloka Samsone re ka re ho Jehova: “Ke kopa u nkhopole ’me u ’matlafatse.”—Baahl. 16:28.
KHAOLO EA 21
Moshanyana ea Ileng a Fetisa Molaetsa oa Jehova ka Sebete
Ho ea Shilo—Bana ba Lokileng le ba Babe
Lintho Tse ka Bonoang Naheng e Tšepisitsoeng
HA u nahana ka metse, litoropo kapa mabatooa a Lefatše le Tšepisitsoeng, na u ee u hopole banna le basali ba itseng ba tsebahalang? Mohlomong ho joalo, hobane boholo ba litlaleho tsa Bibele bo akarelletsa batho ba baholo. Empa ho thoe’ng ka bana nakong eo? Na u ee u nahane ka bona ba hlahella litabeng tseo?
Setšoantšo se ka holimo se ka re thusa ho tsepamisa mohopolo litlalehong tse amang bacha, ba bang ba bona e le mehlala e metle bakeng sa Bakreste ’me ba bang e le mehlala e fanang ka temoso. Kamoo ho bonahalang kateng thaba e chitja e hare ke kamoo Shilo e neng e bonahala kateng.
Mohlomong u sa hopola hore ha Baiseraele ba kena Lefatšeng le Tšepisitsoeng, pele ba ile ba beha tabernakele ea Molimo Gilgale haufi le Jeriko. (Joshua 4:19) Empa ha lefatše le ne le aroloa, tente ena e halalelang—setsi sa borapeli ba Baiseraele—e ile ea tlosoa moo ea isoa Shilo. (Joshua 18:1) Sebaka sena se ne se le ho ka etsang lik’hilomithara tse 30 ka leboea ho Jerusalema sebakeng se lithaba sa Efraime. Banna le basali ho tsoa Iseraele eohle ba ile ba ea Shilo; batho ba bangata ba ne ba ka bokana khohlong e ka boroa ho moo ho bonahalang eka tabernakele e ne e eme teng. (Joshua 22:12) Na u ka inahanela feela u bona bana ba tla moo?
Ba bang ba ile ba fihla. Mohlala o hlokomelehang ka ho fetisisa oo re lokelang ho o tseba ke oa Samuele e monyenyane. Batsoali ba hae, Elkana le Anna, ba ne ba lula toropong e ka mose ho lithaba tseo ho ea ka bophirima. Selemo le selemo ba ne ba tla mona, mohlomong ba bile ba tla le bana ba Elkana ka mosali oa hae e mong. Qetellong Jehova a hlohonolofatsa Anna ka mora, ea ileng a rehoa Samuele. Ka mor’a nako batsoali ba hae ba mo isa Shilo hore a il’o lula teng e le hore a tle a sebeletse tabernakeleng le moprista ea phahameng Eli.—1 Samuele 1:1–2:11.
Moshemane eo o ne a e-na le mesebetsi eo a neng a e etsa ka tlung ea Molimo, ’me e tlameha ebe o ne a e-na le menyetla e mengata ea ho hloa lithaba tse haufi. (1 Samuele 3:1, 15) Tse ling tsa tsona li ne li batalletse ka holimo ’me li tletse lifate tsa mehloaare, joalokaha setšoantšo se leqepheng la 9 se bontša. Hlokomela qhooa eo e nyenyane e ahiloeng ka lejoe. Balemi ba libakeng tse thoko kapa balisa ba ne ba khona ho alosa ba le qhooeng e kang eo, empa u ka nahana Samuele e monyenyane a e-hloa ho ea bona le eena. (Bapisa le 2 Likronike 20:24.) Sena e ne e ka ba sebaka se phahameng hantle seo liphoofolo tse hlaha li ka talingoang ho tsoa ho sona.
Nakong eo ho ne ho e-na le lifate tse ngata ho feta hona joale, esita le meru eo liphoofolo tse hlaha li neng li solla ho eona. (Joshua 17:15, 18) Re tseba sena ka lebaka la se ileng sa etsahala ha Elisha e ne e se e le moprofeta e moholo oa Molimo. Elisha o ne a le tseleng e tsoang Jeriko a ea a lebile Bethele, kahoo o ne a le sebakeng sena, ho ka etsang lik’hilomithara tse 16 ka boroa ho Shilo. Ke kamohelo ea mofuta ofe eo a neng a tla e fumana ho tsoa ho batho ba Bethele, eo e neng e fetohile setsi sa borapeli ba namane ea khauta? (1 Marena 12:27-33; 2 Marena 10:29) Ho bonahala eka batho ba baholo ba ne ba le khahlanong le moprofeta oa Jehova, ’me boitšoaro ba bona ho bonahala eka bo ile ba fetela baneng ba bona.
Marena a Bobeli 2:23, 24 e re bolella hore sehlopha sa bacha se ile sa soma moprofeta oa Molimo: “Lefatla tooe, nyoloha! Lefatla tooe, nyoloha!” Ha Elisha a arabela, o ile “a ba biletsa bomalimabe ka lebitso la Jehova. Eaba ho tsoa libere tse peli tse tšehali morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e ’meli.” Libere tse kang tseo tse sootho tsa Syria li ne li ka ba kotsi ha li tšosoa kapa ha malinyane a tsona a ne a bonahala a sokeloa. (2 Samuele 17:8; Liproverbia 17:12; 28:15) Molimo o ile a li sebelisa ho tlisa toka ea bomolimo khahlanong le ba neng ba nyatsa hampe moemeli oa hae ’me kahoo ba nyatsa Jehova ka boeena.
Hore ebe ngoana o ne a ka kopana le liphoofolo tse joalo tse hlaha lithabeng tse potolohileng Shilo ho lokela ho re thusa ho ananela haholoanyane tumelo eo batsoali ba Samuele ba ileng ba e bontša ka ho mo tlisa hore a sebeletse tabernakeleng.
Morapeli e mong oa ’nete o ne a ile a bontša tumelo e tšoanang le boinehelo pejana—Moahloli Jafeta. O ne a lula naheng e lithaba ea Gileade ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane. Jafeta a le mafolofolo bakeng sa Jehova khahlanong le Baamone bao e neng e le lira, o ile a ikana hore oa pele ea tla tsoa ka ntlong ea hae ho tla mo khahlanyetsa o ne a tla mo etsa sehlabelo ho Jehova. Morali oa hae oa moroetsana ea e-ba eena. Kahoo o ile a isa ngoana oa hae ea mong sehalalelong sa Molimo se Shilo, moo a ileng a phela le ho sebeletsa ka botšepehi ka lilemo tse ngata.—Baahloli 11:30-40.
Boinehelo bo tšepahalang boo Samuele le morali oa Jafeta ba ileng ba bo bontša sebakeng sa Shilo, ka sebele ke bo fapaneng hakaakang le mohlala o seng motle oa litlokotsebe tsane tse 42 tse ileng tsa soma moprofeta oa Molimo sebakeng se tšoanang.—Bapisa le 1 Bakorinthe 10:6, 11.
O Ile “a Tsoela Pele ho Holela ho Jehova”
9 Re se re ka inahanela feela ha moshanyana eo a ntse a hola ’me ka linako tse ling a ea lithabeng tsa Shilo. Ha a sheba tlase mane ’me a bona motse hammoho le phula e sabaletseng ka tlas’a oona, e ka ’na eaba o ne a thaba a bile a e-ba motlotlo haholo ha a talima tabernakele ea Jehova. Ka sebele tabernakele eo e ne e le sebaka se halalelang. E ne e le sebaka se ka sehloohong sa borapeli ba Jehova lefatšeng ka bophara, se ahiloeng lilemong tse ka bang 400 pele ho moo, tlas’a tsamaiso ea Moshe.
10 Samuele e monyenyane o ile a rata tabernakele ha a ntse a hola. Tlaleho eo a ileng a e ngola hamorao e baleha tjena: “Samuele o ne a sebeletsa ka pel’a Jehova, e le moshanyana, a itlamile ka efoda ea line.” (1 Sam. 2:18) Ha ho pelaelo hore seaparo seo se se nang matsoho e ne e le letšoao la hore Samuele o ne a thusa baprista tabernakeleng. Le hoja Samuele e ne e se moprista, o ne a etsa mesebetsi e akarelletsang ho bula mamati a kenang lebaleng la tabernakele hoseng le ho hlokomela Eli ea neng a se a tsofetse. Le hoja a ne a thabela tokelo eo, ha nako e ntse e feta, ho na le lintho tse ileng tsa khathatsa moshanyana enoa ea tšepahalang. Ho ne ho e-na le ho sa tsamaeeng hantle ntlong ea Jehova.
O Ile a Tšepahala le Har’a Bobolu
11 Samuele o ile a bona bokhopo bo feteletseng le bobolu bo boholo a sa le monyenyane haholo. Eli o ne a e-na le bara ba babeli, Hofni le Finease. Tlaleho ea Samuele e re: “Bara ba Eli e ne e le banna ba se nang molemo; ba ne ba sa ele Jehova hloko.” (1 Sam. 2:12) Lipolelo tse peli temaneng ena lia tsamaisana. Hofni le Finease e ne e le “banna ba se nang molemo”—ha e le hantle ke “bara ba se nang thuso”—kaha ba ne ba sa hlomphe Jehova. Ba ne ba sa tsotelle melao ea hae e lokileng ea boitšoaro le litaelo tsa hae. Ke eona ntho e ileng ea e-ba sesosa sa libe tsohle tsa bona.
12 Molao oa Molimo o ne o hlakile mabapi le mosebetsi oa baprista le tsela eo ka eona ba neng ba lokela ho nyehela mahlabelo ka tabernakeleng. Ho ne ho e-na le lebaka le utloahalang la seo! Mahlabelo ao a ne a emela tokisetso ea Molimo ea ho tšoarela batho libe e le hore e ka ba ba hloekileng ’me ba tšoaneleha hore a ba hlohonolofatse le ho ba tataisa. Empa Hofni le Finease ba ile ba etsa hore baprista-’moho le bona ba nyenyefatse tokisetso ea Molimo ea mahlabelo.
13 Nahana feela hore na Samuele e monyenyane o ile a makala hakaakang ha a bona liketso tse mpe hakaalo li tsoela pele ho se ea li lokisang! E tlameha ebe ke batho ba bangata hakaakang bao a ileng a ba bona—ho akarelletsa mafutsana, batho ba boemong bo tlase le ba hateletsoeng—ba tla sebakeng seo se halalelang ka tšepo ea hore ba tl’o khothala moeeng ba be ba matlafale, ebe ho e-na le hoo ba khutla ba soetsehile, ba utloile bohloko, ba bile ba tlotlolotsoe! Ebe o ile a ikutloa joang ha a hlokomela hore Hofni le Finease ba ne ba boetse ba sa hlomphe melao ea Jehova tabeng ea ho kopanela liphate, kaha ba ne ba kopanela liphate le basali ba bang ba neng ba sebeletsa moo tabernakeleng? (1 Sam. 2:22) Mohlomong o ne a tšepile hore Eli o tla etsa ho itseng ho lokisa maemo ao.
“Atamelang ho Molimo”
5 Ho ea ka Johanne 17:3, Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” Libibele tse ngata li fetolela temana ena ka tsela e sa tšoaneng le ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Ho e-na le hore li re “ho tsoela pele ba rua tsebo” ka Molimo, tsona li fetolela leetsi lena e le “ho tseba” Molimo. Leha ho le joalo, litsebi tse ngata li bolela hore moelelo oa lentsoe le sebelisitsoeng Segerikeng sa pele o tebile ho feta moo—ke mohato o sa khaotseng o bileng o ka qetellang ka setsoalle se haufi-ufi.
6 Ho tseba Molimo haufi-ufi e ne e se ntho e ncha mehleng ea Jesu. Ka mohlala, Mangolong a Seheberu, re bala hore ha Samuele e sa le moshanyana, “o ne a e-s’o tsebe Jehova.” (1 Samuele 3:7) Na see se bolela hore Samuele o ne a sa tsebe hakaalo ka Molimo oa hae? Che. Ha ho pelaelo hore batsoali ba hae le baprista ba ne ba mo rutile lintho tse ngata. Leha ho le joalo, ho latela setsebi se seng, lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng temaneng ena le ka “sebelisetsoa setsoalle se haufi-ufi.” Samuele o ne a e-s’o tsebe Jehova haufi-ufi joaloka nakong ea ha a se a sebeletsa e le ’muelli oa Jehova. Ha Samuele a ntse a hola, o ile a tseba Jehova e le kannete, a ba le kamano e haufi le eena.—1 Samuele 3:19, 20.
it “Eli, I” ¶5-7
Eli, I
Ha nako e ntse e e-ea, moprofeta oa Molimo o tlisa molaetsa oa bohlokoa o lemosang oa hore matla le tšusumetso ea ntlo ea Eli li tla fela ’me ha ho sa tla hlola ho e-ba le monna-moholo ntlong ea hae. Bara ba hae ba babeli ba neng ba sa mamele melao ea Jehova, ba tla shoa ka letsatsi le le leng. (1Sa 2:27-36) Jehova o ile a sebelisa moshanyana Samuele ho tiisa hore kahlolo ea hae e ne e tla oela ba ntlo ea Eli. (1Sa 3:11-14) Samuele o tšaba ho fetisa molaetsa empa ka mor’a hore Eli a mo kope hore a bue, o ile a bua. Ka bonolo Eli o ile a re: “Ke Jehova. A ke a etse seo a bonang se le molemo.”—1Sa 3:15-18.
Jehova o Ahlola Ntlo ea Eli. Kahlolo e ile ea tla feela joalokaha lentsoe la Molimo le ne le buile. Baiseraele ba ile ba lahleheloa ke banna ba ka bang 4 000 ha ba ne ba loana le Bafilista. Baiseraele ba ile ba etsa qeto ea ho nka Areka e Shilo ba e isa litenteng tsa bona, ba nahana hore e tla ba pholosa ho lira tsa bona. Eaba Bafilista ba loana le ho feta. Ba ile ba bolaea masole a 30 000 a Baiseraele. Areka e ile ea haptjoa. Hofni le Finease ba neng ba tšoere Areka, ba ile ba shoa. Monna oa leloko la Benjamine a tloha moleng oa ntoa a matha ho tla bolella Eli se etsahetseng. Eli ea lilemo li 98 ea sa boneng a bile a tsofetse, o ne a lutse setulong ka thoko ho tsela a tšoenyehile haholo ka Areka. Ha a utloa hore Areka ea Molimo e hapuoe, a oa ka mokokotlo ’me molala oa hae oa robeha eaba oa shoa.—1Sa 4:2-18.
Kahlolo e ’ngoe khahlanong le ba ntlo ea Eli e ile ea tlisoa ke Morena Saule, eo ka bokhopo a ileng a laela hore ho bolaoe baprista ba Nobe e leng litloholo tsa Eli ka Akitube mora oa Finease. (1Sa 14:3; 22:11, 18) Ke Abiathare mora oa Akimeleke feela ea ileng a phonyoha tlokotsi ena ’me a tsoela pele a sebeletsa e le moprista nakong eohle ea puso ea Davida. (1Sa 22:20; 2Sa 19:11) Leha ho le joalo, Solomone o ile a tlosa Abiathare hore a se ke a hlola a sebeletsa e le moprista hobane o ile a thusa Adonija ka borabele ba hae. (1Ma 1:7; 2:26, 27) Ka ’nete kahlolo ea Jehova ho ba ntlo ea Eli e ne e phethahetse ’me litloholo tsa hae ha lia ka tsa hlola li sebeletsa e le baprista ka ho sa feleng.—1Sa 3:13, 14.
ijwis sehlooho sa 15
Samuele o Khetha ho Sebeletsa Jehova
PALE EA BIBELE E TSAMAISANANG LE LITŠOANTŠO
[Ketsahalo ea 1]
[Moqolotsi:] LE HOJA SAMUELE A NE A SA LE MONYENYANE, E NE E LE MONAZARI. HA HO MOHLA A KILENG A KUTA MORIRI ’ME O ILE A SEBELETSA JEHOVA KA TSELA E IKHETHANG.
[Anna:] SAMUELE U SE U TL’O LULA LE HO SEBELETSA JEHOVA MONA TABERNAKELENG. NA U TLA BA HANTLE?
[Samuele:] E, EMPA KE TL’O U HOPOLA.
[Ketsahalo ea 2]
[Anna:] LE ’NA KE TL’O U HOPOLA MORA OA KA. EMPA NA OA HOPOLA HORE NA KE HOBANE’NG HA U SA LOKELA HO TŠOHA LE KA MOHLA?
[Samuele:] E. HA NKA LULA KE LE HAUFI LE JEHOVA, O TLA LULA A LE HAUFI LE ’NA.
[Ketsahalo ea 3]
[Eli:] KE ’NA ELI, MOPRISTA EA PHAHAMENG. LULA U FALIMEHILE SAMUELE. MOHLOMONG HAUFINYANE, E TLA BA UENA EA ETSANG MOSEBETSI ONA.
[Ketsahalo ea 4]
[Moqolotsi:] HA LILEMO LI NTSE LI E-EA, SAMUELE O ILE A HLOKOMELA HORE HA SE BOHLE BA TABERNAKELENG BA RATANG JEHOVA. ESITA LE BARA BA ELI BAO E NENG E LE BAPRISTA, BA NE BA HLEKEFETSA BATHO BA BILE BA ITŠOERE HAMPE.
[Moqolotsi:] BARA BA ELI BA NE BA SA HLOMPHE JEHOVA, BA UTSOA MAHLABELO A NENG A ETSETSOA JEHOVA BA BILE BA ETSA BOITŠOARO BO BOBE BO AMANANG LE THOBALANO. EMPA ELI HA AA KA A BA KHALEMELA LEHA MOPROFETA A NE A MO HLOKOMELISA HORE JEHOVA O TL’O MO FA KOTLO ’MOHO LE BA NTLO EA HAE.
[Ketsahalo ea 5]
[Moqolotsi:] SELEMO LE SELEMO, BATSOALI BA SAMUELE BA NE BA MO ETELA ’ME BA MO TLISETSA SEAPARO SE SECHA SE SENYENYANE SE SE NANG MATSOHO.
[Samuele:] ’MÈ! NTATE! KE NE KE LE HOPOTSE.
[Ketsahalo ea 6]
[Anna:] BOTHATA KE ENG SAMUELE?
[Ketsahalo ea 7]
[Samuele:] U MPOLELLETSE HORE TABERNAKELE KE SEBAKA SE HALALELANG. EMPA BATHO BA MONA BA ETSA LINTHO TSE MPE HAHOLO.
[Ketsahalo ea 8]
[Anna:] EMPA UENA U LOKELA HO LULA U ETSA LINTHO TSE NEPAHETSENG . . .
[Ketsahalo ea 9]
[Samuele:] KEA TSEBA, KEA LEKA.
[Ketsahalo ea 10]
[Anna:] KEA UTLOISISA MORA OA KA. KAHA JEHOVA LE EENA O BONA LINTHO TSOHLE, OA UTLOISISA.
[Ketsahalo ea 11]
[Anna:] KA NAKO E ’NGOE, KE ILE KA UTLOA BOHLOKO HOBANE KE NE KE SA KHONE HO BA LE BANA.
[Anna:] EMPA JEHOVA O ILE A ARABA THAPELO EA KA. O ILE A MPHA UENA. KAMEHLA JEHOVA O THUSA METSOALLE EA HAE.
[Anna:] KOPA JEHOVA HORE A U THUSE. LE RONA RE TLA U RAPELLA.
[Ketsahalo ea 12]
[Samuele:] U BUA ’NETE ’MÈ. KEA LEBOHA.
[Ketsahalo ea 13]
[Moqolotsi:] SAMUELE O ILE A HOLA ’ME A SEBELETSA JEHOVA KA BOTŠEPEHI. JEHOVA O ILE A MO THUSA HORE A LULE A THABILE LE HA BATHO BA BANG BA NE BA ETSA LINTHO TSE MPE.
[Ketsahalo ea 14]
[Moqolotsi:] KA LETSATSI LE LENG, JEHOVA O ILE A QALA HO SEBELISA SAMUELE KA TSELA E KHETHEHILENG. O ILE A BUA LE SAMUELE.
[Jehova:] SAMUELE!
[Jehova:] SAMUELE!
[Samuele:] BUA, MOHLANKA OA HAO O MAMETSE.
[Moqolotsi:] KAHA SAMUELE O ILE A KHETHA HO SEBELETSA JEHOVA LE HA BA BANG BA NE BA ETSA LIQETO TSE MPE, JEHOVA O ILE A MO KOETLISA A BA A MO SEBELISA KA LITSELA TSE HLOLLANG.
[LEBOKOSE]
RE ITHUTA’NG PALENG EE?
KE ENG E NENG E ETSA HORE HO BE THATA HORE SAMUELE E MONYENYANE A SEBELETSE JEHOVA?
NTLHA E THUSANG: 1 SAMUELE 2:12, 17.
KE HOBANE’NG HA JEHOVA A ILE A KHETHA SAMUELE HORE E BE MOPROFETA?
NTLHA E THUSANG: 1 SAMUELE 2:26.
LEHA BA BANG BA ETSA LINTHO TSE MPE, KE’NG E KA THUSANG HORE UENA U KHETHE HO SEBELETSA JEHOVA?
NTLHA E THUSANG: PESALEME EA 26:9-12.