Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 1/15 maq. 3-6
  • Na Bophelo bo ka Itlhahela Feela ka Tsietsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bophelo bo ka Itlhahela Feela ka Tsietsi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO INTLAFATSA HA LINTHO KA METSOAKO, MONAHANO OA MORAO-RAO
  • MATHATA A MANG
  • MATHATA A MANG
  • SE KE KENG SA ETSAHALA HASE TŠITISO
  • NA U LUMELA FEELA KAPA U NA LE MABAKA?
  • Bophelo bo Qalile Joang Lefatšeng?
    Tsoha!—1987
  • Lipotso Tse Peli Tsa Bohlokoa
    Tsoha!—2015
  • Bophelo bo Qalile Joang?
    Lihlooho Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 1/15 maq. 3-6

Na Bophelo bo ka Itlhahela Feela ka Tsietsi?

Haeba ho se ’Mopi, bophelo e tlameha ebe bo itlhahetse ka bobona. Ba bangata ba nahana hore bo entse joalo. Empa na tsebo e ntseng e eketseha e tšehetsa maikutlo aa?

BAEGEPETA ba khalekhale ba ile ba bona likhola-bolokoe li hlaha ka tšohanyetso feela mobung, ʼme ba lumela hore li itlhahisitse. The Encyclopedia Americana e re: “Hangata ho ne ho fumanoa likhola-bolokoe tse ngata haufi le mabopo a seretse a Nōka ea Nile, ʼme hona ha tšehetsa tumelo ea lintho tse itlhahisang feela ka tsietsi.” (Moq. 24. leq. 336, khatiso ea 1977) Empa ho ne ho ile ha etsahala joang bonneteng? likhola-bolokoe tse tšehali li ne li ile tsa pitikisa bolokoe, tsa behela mahe ho bona, ʼme tsa bo epela. Mahe a qhotsoa, boemong ba tsona bo tlase tsa iphepa ka bolokoe, ʼme hamorao tsa hlaha e le likhola-bolokoe. Ho hang ho ne ho se ho hlaha ka tšohanyetso.

Bahlalefi ba Bagerike ba ne ba ruta ho hlaha ha bophelo ka tsietsi. Lekholong la bohlano la lilemo C.E. Anaxagoras le Empedocles ba ne ba ho lumela. Lekholo la lilemo hamorao Aristotle a nahana hore liboko le likhofu li ne li hlahile ka baka la ho bola. Morao koana hoo e ka bang lekholong la lilemo la bo17 C.E., banna ba bohlale bo tebileng, ba kang Francis Bacon le William Harvey, ba ile ba ruta hore lintho li hlaha ka tsietsi e etsahalang hona hoo.

Leha ho le joalo, lekholong Iona leo la lilemo Redi o ile a bontša hore tšenyane e hlaha nameng feela ha lintsintsi li se li ile tsa behela mahe ho eona. Ho ile ha sibolloa hlobo, ʼme ea bolelisoa e le bopaki ba ho itlhahisa ha lintho hona hoo, ho fihla ha lekholong la lilemo la 18 Spallanzi a bontša hore e hlahisoa ke “spores.” Lekholo la lilemo hamorao Pasteur a rarolla litaba. A paka hore bophelo bo hlahisoa feela ke bophelo. Banna ba thuto ea mahlale hona joale ba amohela maikutlo ao empa ba bangata ba tsitlella hore bophelo bo hlahile ka tsietsi lilemong tse fetileng tse ka bang limillione tse peli kapa tse tharo.

HO INTLAFATSA HA LINTHO KA METSOAKO, MONAHANO OA MORAO-RAO

Bahlalefi ba bangata ba lumela hore sebaka se feela sa boholoholo se neng se e-na le meea e mengata e kang “methane,” “ammonia,” mosi oa metsi, moea o litšila le e meng hape e seng mekae e ileng ea qhomisoa ke mahlaseli a mang a itseng ka hoo a thuoa likaroloana tse nyenyane tse linthong ho li bea ka mahlofo a mangata, ʼme ao le oona a boela a kopana hore a ka bōpa matsoai a mofuta oa “amino” ao e leng oona motheo oa “lihaha-ʼmele.” Tsena le metsoako e meng ea lintho, re bolelloa hore li ile tsa bokelloa hammoho metsing, ʼme tsa ba le hona hore joale li fumane leranyana le lenyenyane ʼme ea e-ba mothatsoana o phelang; hona mohlomong ho ile ha fumana matla a hona a pele moeeng o bitsoang “methane,” hamorao ka ho puta. Hape ho boleloa hore ha nako e ntse e tsoela pele, mothatsoana ona o ile oa tlameha ho “qapa” mokhoa oa ho etsa lijo. Empa na mothatsoana o le mong o ne o hlile o ka hlahisa le ho ipoloka ka tsela ee? Hobane le bona bahlalefi ba nang le tsebo e ngata haholo ka boikokobetso ba tla lumela hore ha ba utloisise mokhoa oo lijalo li hlahisang lijo ka oona ho hang, re se re sa re letho ho o etsisa.

MATHATA A MANG

Bahlalefi ba bangata ba ʼnile ba bolela hore karolonyana e nyenyane e phelang linthong e ile ea itlhahisa joalo ka boeona. Empa mathata a polelo ea bona a mangata, ʼme ke a tebileng ka ho fetisisang!

Bothata ba pele: Ke tumelo e boleloang ntle ho tšabo hore sebaka se feela sa lefatše sa mehleng ea boholo-holo se ne se e-na le meea ka litekanyetso tse nepahetseng hore se ka qalisa letoto la liketsahalo. Bopaki ha bo eo bo tšehetsang sena.

Bothata ba bobeli: Haeba sebaka se feela se joalo se kile sa fela sa e-ba teng, ʼme ebe ho ile ha hlahisoa matsoai a mofuta oa “amino” a ne a tla senngoa ke oona mohloli oa matla o ileng oa thuoa meea e bitsoang “methane,” “ammonia” le mosi oa metsi. Matsoai a “amino” ke motsoako oa likaroloana tse nyenyane o rarahaneng haholo; ka baka leo ha o-oa tsitsa e bile o senyeha habonolo haholoanyane—joalokaha ho le bonolo ho heletsa setha sa litene tse 10 ho feta setha sa tse tharo. A ipopile holimo hakaalo sebakeng, matsoai a joalo a “amino” ho hang a ne a ke ke a pholoha hore a tie a fihle metsing a lefatšeng, ʼme, haeba a ne a ka ho etsa, mona a ne a ke ke a tšoarella halelele ka mokhoa o lekaneng hore a ka tiea ho kena “motsoebereng” oa khopolo ea hore lintho-li-ikentse. Se latelang se qotsitsoeng sehloohong se ngotsoeng ke Dr. D. E. Hull makasining ea mahlale ea Nature, ea la 28 Motšeanong, 1960, se tiisa sena:

‘Bophelo bona bo bokhutšoanyane bo bollang sebakeng kapa maoatleng ka ho hlakileng ha boa sia monyetla oa hore ho ka bokelloa ka mengoaha e se nang palo lintho tse tiileng tsa ho etsa metsoako e etsang lintho. . . . Molemonyana oo ho lumeloang hore o ke o hlahe o bonahala e le o monyenyane bo sa thuseng letho hore e ka ba oona o qalisang letoto la hore bophelo bo ka itlhahisa ka bobona. Qeto e fihletsoeng ka liphehisano tsena e fana ka tšitiso e matla haholo, haeba e se e bolaeang khopolong ea ho itlhahisa ha lintho. Pele, litekanyetso tsa likarolo tse nyenyane linthong tse phelang li bolela e sa le pele ho fela ha likaroloana leha e le nthong e phelang e hahehileng habonolo ka ho fetisisa. Sa bobeli, tšebetso e amehang ho kopanya metsoako e joalo ho bonahala e le e sebeletsang haholo ho e bolisa.’

Tekong e ileng ea etsoa, ha bahlalefi ba bea motsoako o lokisitsoeng ka makhethe oa moea hore o kopane le motlakase, matsoai a seng makae a mofuta oa “amino” a ile a fela a bokellana, empa feela hobane a ile a phakisa a tloha sebakeng seo. Hoja matsoai ana a ne a ile a tloheloa a phetlehetse motlakaseng moo, boemo bo ne bo ka tšoantšoa le se ka etsahalang haeba motho a etsa litene ʼme e mong a li otla ka hamore hang feela ha li entsoe. Ho hlokeha matsoai a mangata a mofuta oa “amino” a hokahantsoe hammoho ka tatelano e nepahetseng ketaneng ho bopa “protein” e le ʼngoe, ʼme ho hlokahala “protein” tse ngata tse babaloang ka makholo-kholo ho bopa ntho e le ʼngoe e bonolo haholo e phelang. Ka hona setšoantšong sa rona sa motho ea etsang litene; o tlameha ho kopanya ka samente litene tse makholo-kholo letotong, ʼme a bokelle makholo-kholo a lithapo tsena tse makholo—ʼme hona a ntse a ho etsa ha motho e mong eena a ntse a llisa hamore ea hae ka matla! Leha ho le joalo, hona ho ntse ho beiloe ka mokhoa o bonolo haholo, hobane ho hlokahala ho fetang letoto la matsoai a mofuta oa “amino” ho etsa ntho e phelang.

MATHATA A MANG

Bothata ba boraro: Ha matsoai ana a mofuta oa “amino” a etsoa ka bohlasoa a ntse a e-ba ka mokhoa o tšoanang empa le leng le ba “leqele” le leng “letsoho la ho ja.” A kopanngoa hammoho kaofela, ka palo e batlang e lekana ea mofuta o mong le o mong. Empa linthong tse phelang ho sebelisoa likarolo tse “leqele” feela. Ka hona ha re khutlela papisong ea rona, motho ea etsang litene o etsa mefuta e ʼmeli, tse khubelu le tse putsoa, ʼme o bokella qubu e nang le likete-tsa-likete tsa litene, tse khubelu le tse putsoa li kopane hammoho. (Koana, re tlameha ho nka hore mosebelisi oa hamore o se a tlositsoe, joalokaha ba khopolo ea hore lintho-li-ikentse ba nka hore mahlaseli a kotsi a se a tlositsoe tšebetsong.) Joale chofolo e kholo e se e kena qubung ea litene tse likete-tsa-likete tse khubelu le tse putsoa ʼme e fata litene tse makholo a mangata a likete ʼme, ka tsietsi feela, setene se seng le se seng se tsoang se sekhubelu! Ka tsela eona eo, ka tsietsi e ntseng e tšoana, le leng le le leng ho matsoai a mofuta oa “amino” a makholo a mangata a likete, ʼme ka nako e ʼngoe e le makholo a likete-tsa-likete, a bopang karoloana e le ʼngoe ea ntho e phelang le “leqele,” le hoja le nkiloe motsoakong o nang le likete-tsa-likete tsa a mang a “letsoho la ho ja.”

Bothata ba bonè: Ha hoa lekana ho fumana mofuta o nepahetseng ka tekanyo e lekaneng. Mofuta o mong le o mong o sa tšoaneng oa matsoai a 20 a “amino” o tlameha ho hokeha letotong la “protein” ka tatelano e nepahetseng. Haeba letsoai le leng le ka lula hosele, ntho eo e ka ʼna ea holofala kapa ea e-shoa. Ka hona chofolo e kholo ha e-ea lokela feela hore e fate litene tsohle tse khubelu, empa e tšoanela hore e lahlele se seng le se seng sebakeng se nepahetseng.

Bothata ba bohlano: Leranyana la likaroloana tse nyenyane le etsoa ka linamana tse tšesaane. Ba khopolo ea hore lintho-li-ikentse ba bolela hore metsinyana a manyenyane a potileng lerotholi la “protein” le fetoha lera le lenyenyane, kapa hore marotholi a mafura a ile a kopela liprotheine ʼme tsa fetoha leranyana. Leranyana lena le hlile le rarahane, le entsoe ka tsoekere, “protein” le likarolonyana tsa mafura, ʼme le laola hore na ke ntho efe e ka kenang kapa e se ke ea kena le ho tsoa ka mothatsoaneng. Ho lohakana hohle ha eona ha ho utloisisoe. Bernal o re; ka ho The Origin of Life: “Se sa ntsaneng se re haella, joalokaha ho boletsoe pelenyana, ke mohlala o nang le mabaka bakeng sa tšimoloho ea mafura.” (Leqephe 145) Ha mafura a le sieo ha ho kamoo leranyana le ka bang teng; ha leranyana le le sieo, ho ke ke ha e-ba teng ntho e phelang.

SE KE KENG SA ETSAHALA HASE TŠITISO

Ruri ho teng mathata a likete-kete ba keng sa khopolo ea hore lintho-li-ikentse, a tlohang sebakeng se feela sa boholo-holo, se ʼnileng sa otloa ke mahalima, ho fihlela nthong e phelang e nang le mothatsoana o le mong o tsebang ho ikatisa. Mohlalefi e mong le e mong ea nang le tsebo o tseba sena. O tseba hore maikutlo a mangata a ntšelitsoeng pele ho qoba mathata ana ha a ea lekana. Melao a laolang matla a sebetsang le lintho tse teng e bolela hore ho ke ke ha etsahala hore bophelo bo itlhahise. Melao ea “mathematics” e latola ho ka etsahala ha hona.

Ntho e bonolo ka ho fetisisa e itlhahisang e tsebisahalang (H39) e na le “protein” tse 625 tseo ka karolelano li nang le matsoai a mofuta oa “amino” a 400 ka ʼngoe. Leha ho le joalo, ba bang ba ikutloa hore, ka polelo ea molomo, motho a ka ʼna a tsoella ka “protein” tse joalo tse 124. Monyetla oa hore ho hlahe e ʼngoe ea “protein” tsena tse joalo tse nang le matsoai a mofuta oa “amino” a “leqele” a 400 o tsoileng motsoakong oa matsoai a “leqele” le a “letsoho la ho ja” ke ofe? Monyetla o le mong ho e 10120.

Leha ho le joalo, bakeng sa karoloana ena e seng teng ho hlokahala “protein” tse 124. Monyetla ke ofe oa ho itlhahisa ha tse ngata hakaale tsohle li hlaha likaroloaneng tse “leqele”? Monyetla o le mong ho e 1014 880. Empa matsoai ana a mofuta oa “amino” a ke ke a tlamelloa hammoho ho sa khetholloe; a tlameha ho hlomamisoa hantle. Ho fumana “protein” tsena tse 124, tseo ka karolelano li nang le matsoai a mofuta oa “amino” a 400 ka ʼngoe, ka matsoai a hlomamisitsoe hantle, menyetla ke o le mong ho e 1079 360. Haeba re ne re ka ngola palo ena ea ho qetela ka botlalo e ne e tla nka maqephe a 20 a makasine ena ho etsa joalo! Dr. Emil Borel, setsebi sa lintho tse nang le monyetla oa ho etsahala, o bolela hore haeba ho le teng monyetla o le mong ho e 1050 hore ntho e etsahale, e ke ke ea etsahala le ka mohla, ho sa tsotellehe hore na ho lumelloa nako e kae. ʼMe palo eo e ka ngoloa maqepheng a sa fihleng bobeling ka mela ena.

Ba tsebisahalang khopolong ea hore lintho-li-ikentse ba tseba mathata. Ba bang ba leka ho a sutumeletsa sepaka-pakeng. Molepi oa Lenyesemane Sir Fred Hoyle o boletse hore ‘likhopolo tse teng ka lefatše ka tšimoloho ea bophelo ha li khotsofatse ka mokhoa o phahameng bakeng sa mabaka a utloahalang ho tsa metsoako,’ le hore ‘bophelo ha boa ka ba simoloha lefatšeng ka bolona empa, ho e-na le hoo, linaleling.’ Ba bang ba tiisa meno a bona ʼme ba lumele ho sa tsotellehe ho haella ha bopaki. Ea ithutetseng bophelo ea ileng a hapa moputso oa tlotla Dr. George Wald o-oa bolela: “Ho hlokahala feela hore motho a nahane ka boholo ba mosebetsi ona ho ba le maikutlo a hore lintho tse phelang ho thata hore li ka itlhahisa. Leha ho le joalo ke rona bana mona—hobane, kamoo ke lumelang ke ka lebaka la ho itlhahisa ha lintho.” Kamoo a lumelang kateng ka boeena, o lumela tseo ho leng thata hore li ka etsahala. Monahano oa mofuta ona o tšoana le oa ea ithutetseng ka bophelo oa pelenyana, D. H. Watson, ea ileng a bolela hore khopolo ea hore lintholi-ikentse ‘e ne e amoheloa hohle e seng hobane bopaki bo lumellana, bo utloahala hore ke ʼnete, empa feela hobane ho le hong feela ho teng sebakeng sa hoo, e leng popo e khethehileng, ho hang ha e lumelehe.’

NA U LUMELA FEELA KAPA U NA LE MABAKA?

Ba se na motheo o mong, bangoli ba khopolo ea hore lintho li ikentse ba sekamela bohatelling ba hore: ‘Bahlalefi bohle ba e lumela; ha ho lea mong ea tsebisahalang thutong ea bophelo ea e belaelang; batho ba nang le tsebo ha ba e belaelle; batho bohle ba bohlale ba e amohela; ke feela ba nang le maikutlo a sothehileng a bolumeli ba e hanang; e pakiloe ka makhetlo a mangata haholo; bopaki bo bongata ha bo sa hlokahala.’ Ka hoo, khatello le ho thotofatsoa li ka ’na tsa tsoela pele.

Uena, leha ho le joalo, u lokela ho itlhahlobela hona. Joale, iketsetse qeto. Bophelo ba hao bo ka itšetleha ka qeto ea hao. Hape u nahane sena: U ka ’na ua oela mohahong o mekato e 20. Pelenyana u otlana seterateng, setsokotsanenyana se sa lebelloang se matla sa moea sa u tšoara ’me sa u khutlisetsa ka holimo ho mohaho. Na hoo ho ka etsahala? Ho hang ho ke ke. U se ke ua itšepisa ka hona. Empa ho hole haholo hore ntho e phelang e ne e ka itlhahisa feela. Le hona hoo u se ke ua itšepisa hona!

Ho Pesaleme ea 36:9 Bibele e re: “Seliba sa bophelo se ho uena [Molimo].” Ke bothoto ho lumela hore bophelo bo hlahile ka tsietsi. Hoa utloahala ho lumela hore bo ile ba bōptjoa ke Molimo o bohlale, kamoo sehlooho se latelang se bontšang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela