Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 2/15 leq. 24
  • Ho Arabeloa Thapelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Arabeloa Thapelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 2/15 leq. 24

Ho Arabeloa Thapelo

LIHLEKE-HLEKENG tsa Samoa tsa ka Boroa ho Pacific, marena a teng a na le tšusumetso e matla. Ba nketse litulo tsa bona holimo ’me ba hlomphuoa haholo ke batho. Ka baka leo, ho hlokahala tšusumetso e matla ho etsa hore morena a tele tlotla ea hae ’me a theohe setulong sa hae.

Ka ho loketseng, ebile ketsahalo e tsotehang ha e mong oa banna bana ba sehleke-hleke sa Savaii Samoa e ka bophirimela a itokolla, a bolela hore ha a batle ho nka lehlakore ho hang litabeng tsa lipolotiki e le hore a ka sebeletsa Molimo. Hona ho ne ho sa tloaeleha haholo, kaha monna enoa e ne e le morena ea ’buang haholo,” ’muelli, mabakeng a mangata, bakeng sa Malietoa, e mong oa marena. Neng le neng ha marena le marenana a Samoa a ne a bokane, monna enoa o ne a atisa ho bua pele.

Morena enoa e ne e le setho sa e ’ngoe ea likereke tsa Bojakane ’me, a thahasella ho ithuta haholoanyane ka Molimo, o ne a hlahlobile lithuto tsa likereke tse ngata. Empa ha ho mohla a kileng a khotsofala moeeng. Ka letsatsi le leng a sibolla hore moruti oa kereke ea hae o ne a sebelisa lichelete tsa kereke bakeng sa merero ea hae ea botho, a ithekela menono e mengata. A tsebisa litho tsa kereke ka sena, ’me ba mo khetha hore a buisane le moruti. Moruti a arabela ka hore: “Seo ke se etsang ka chelete hase taba ea hao; ho hang se pakeng tsa ka le Kreste.” Ha a utloa seo, morena a itokolla kerekeng, a ke ke a hlola a khutlela.

Nakong ena morena a rapela Molimo ka lekunutu bakeng sa thuso hore a ithute ’nete. Ka letsatsi le leng, kamor’a ho rapela ka tsela ena, e mong oa Lipaki tsa Jehova a fihla ’me ha qalisoa thuto hona hoo. Kamor’a nako monna enoa a batla ho neela bophelo ba hae ho Jehova ’me e se hlole e e-ba karolo ea tsamaiso ea lefatše ea lipolotiki. Ho sa tsotellehe botumo le leruo tse neng li tsamaea le tlotla ea hae, a ikutloa ho le molemo ho lokoloha likamanong tsa bopolotiki le lefatše. (Jak. 4:4) Joale, e le paki e kolobelitsoeng ea Jehova, o leka kahohle ho thusa ba bang ho ithuta ’nete.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela