Likronike Tsa Pele Tlaleho ea Mabitso a Bohlokoa
HO BATHO ba bangata kajeno, likhaolo tsa pele tse robong tsa Likronike tsa Pele ke feela mathathamo a malelele a mabitso a sa reng letho. Leha ho le joalo, ho ne ho se joalo ha ho ne ho bokelloa buka ena ea Bibele lekholong la lilemo la bohlano B.C.E. Taba ena ea maloko e ne e sebeletsa ho kopanya Bajode le pale ea bona ea nakong e fetileng ’me e sebeletsa ho fana ka motheo bakeng sa lefa la malapa, bana ba lesika la borena la matla a ho phethahatsa litšoanelo tsa molao tempeleng. Lesika leo e neng e le la bohlokoa haholo e ne e le la Davida, kaha le ne le tla isa ho Messia ea tšepisitsoeng.
Ho rona, maloko a paka hore borapeli ba ’nete bo theiloe ’neteng e seng tšōmong, kaha mabitso le libaka tse boletsoeng li tiisa tlaleho hore ke ea ’nete le ea sebele. Lintho tse latelang ke mehlala e seng mekae feela ea seo re ka se khoahlapisang khaolong ea pele: Moloko kaofela oa motho o tsoile ho Adama ka Noe le bara ba hae ba bararo Sema, Kama le Jafeta. Setloholo sa Kama, Nimrode, a ikhetholla e le ‘ea matla’ ke hore e le setsomi le mohlabani. Batho ba khaotsa ho bua puo e le ’ngoe mehleng ea Pelege, hobane ke bophelong ba ngoana enoa oa Sema moo ‘lefatše le ileng la arohanngoa.’ Baedomo ba tsoileng ho Esau, ba bile le marena pele ho Baiseraele, ba tsoileng ho lefahla le Esau Jakobo.
Ka linako tse ling maloko a fana ka boitsebiso bo ke keng ba fumaneha kae kapa kae ka Bibeleng. Ke ba bakae ho baholoane ba Davida ba supileng bao u ka ba bolelang, ka mohlala, ntle ho thuso ea Likronike tsa Pele? Samuele oa Pele 16:6-9 e bolela mabitso a ba bararo feela—Eliabe, Abinadabe, le Shamma (Shimea[h], Shimei). Empa tlaleho ea mathathamo a Likronike e thathamisa ba bang ba bararo hape ka mabitso—Nethaneele, Raddai le Otseme. Kaha ho boleloa ba supileng feela ho bara ba robeli ba Jese, ho ka ‘na ha etsahala hore ebe e mong o ile a shoa pele a e-ba le bana, ’me, ka baka leo, o ile a ntšoa lelokong.—1 Likron. 2:13-15.
Ka linako tse ling, maloko a akarelletsa ho bolela ntho e ’ngoe e hlileng e tsotehang ka motho ea itseng. Jaebetse, lesikeng la Juda, o ile a ikhetholla e le ea tšepahalang ho feta bana babo. Tlalehong e buang ka thapelo ea hae e tiileng, o ile a hlohonolofatsoa ka mokhoa o halalelang le ho sireletsoa ha a ntse a atolosa letlotlo la hae. (1 Likron. 4:9, 10) Ka ho tšoanang, kaha ba ile ba lebella thuso ho Jehova, meloko e phelang ka bochabela ho Jordane ea hlola Bahagarene.—1 Likron. 5:18-22.
Moloko oa habo Zorobabele ke oa bohlokoa, kaha o ’nile oa sebelisoa hamorao ke ba bangata ho tšehetsa nako ea morao ea ho ngoloa ha Likronike. Ho 1 Likronike 3:19-24, liphetolelo tse ngata li isa leloko la Zorobabele molokong oa leshome. Kaha o ile a khutlela Jerusalema ka 537 B.C.E., ho ne ho ke ke ha e-ba le nako e lekaneng bakeng sa maloko a mangata hakaalo hore a be a tsoetsoe ka 460 B.C.E., nako eo ho nahanoang hore ke eo ka eona Esdrase a ileng a ngola tlaleho. Leha ho le joalo, mongolo oa Seheberu ha o-oa fella karolong ena, joalokaha ho bontšoa ke ’nete ea hore, boitekong ba ho etsa hore karolo eo e utloahale, bafetoleli ba phetile mabitso a “Esaia,” “Refaia,” “Arnane,” le “Obadia.” Kahoo, kaha ho ke ke ha lekanngoa hore na bongata ba banna ba boletsoeng ho 1 Likronike 3:19-24 ba ne ba amana joang le Zorobabele, ha ho lebaka la ho lahla maikutlo a neano a hore Esdrase o bokelletse tlaleho.
Ho tloha ka khaolo ea 10 ho ea pele, tlaleho e bolela ka liketsahalo tsa lefu la Saule le puso ea Morena Davida. Mathathamo a mabitso a tsoela pele ho tsebisahala. Re fumana mabitso a bahlabani ba hloahloa ba amanang le Davida, le mabitso a baprista le Balevi, ho akarelletsa le libini le bahlokomeli ba menyako, ba bileng teng mokolokong o neng o tiisa Areka e halalelang Thabeng ea Sione. (1 Likron. 11:11–12:20; 15:4–16:6) Ho tloha ka temana ea pele ea khaolo ea 23 ’me ho qetelloa ka temana ea ho qetela ea khaolo ea 27, Likronike tsa Pele li fana ka boitsebiso bo mabapi le litokisetso tsa tsamaiso tsa Davida tsa baprista, Balevi le basebeletsi ba ’muso ’me ho fanoa ka mabitso a batho ba amehang ka bomong.
Khatiso ho Likronike tsa Pele litabeng tsa borapeli hape e ile ea nolofaletsa Baiseraele ho itsebahatsa le nako e fetileng. Le hoja borena lesikeng la Davida bo sa ka ba tsoela pele hoba ho khutloe botlamuoeng, litšebeletso tsa tempele li ile tsa tsoela pele, ho sebeletsa Balevi le baprista ba lelapa la Aarone. Ka hona e tlameha ebe e ne e le ho khothatsang haholo bakeng sa Baiseraele ho ba le tlaleho ea pale e neng e fana ka leseli ka lebaka la ho khutla ha bona botlamuoeng ba Babylona, e leng, ho tsosolosoa ha borapeli ba Jehova Jerusalema.
Ho bala ha rona tlaleho e bululetsoeng ka setšeetso sa boholo-holo ho ka e etsa e thahasellisang haholo. E, le ho rona, Likronike tsa Pele joale e ka ba tlaleho e nang le mabitso a bohlokoa.