Tšepo e ’Matlafalitseng
KE HLAHILE ka Mphalane, 1950, ke le e mong oa bana bao selemo le selemo ba hlaseloang ke kholofalo ea tsoalo. Ke ne ke hloka lesapo la moomo ka leotong le letona. Ha lesapo lena le le sieo, ho thata hore motho a ka ema kapa a tsamaea.
Ntate o ne a le mabothong a sesole ka nako ena ’me o ne a lokeloa ke melemo eitseng ea bongaka. Ka tlhaho eena le ’mè ba ne a hlile ba thabile haholo ke tšebetso ea ho buoa e neng e tla lokisa ho tsamaea ha ka ka mohlomong. Tšebetso e ile ea etsoa ka 1953 Walter Reed Army Medical Center e Washington, D.C. E ne e etsoa ka ho kenngoa lesapo la phoofolo le neng le tla nka sebaka sa lesapo le sieo.
Koana, mathoasong a lilemo tsa 1950 litšebetso tsa ho bua tse neng li kenya litho lisele li ne li sa le boemong bo qalang. Ho ne ho tšejoa hanyenyane ka hore ’mele o ka ’na oa hana setho sesele. Ka baka leo, tšebetso ea e-ba e hlōlehileng. ’Mele oa ka oa hanana le lesapo leo ‘me leoto la ka letona la bola. Ka bophelo ba ka bo le kotsing, ea e-ba ho molemo hore leoto le khaoloe. Ke ne ke le lilemo li tharo feela, joale, nako e tlang ea bonahala e le lerootho ke sa le tlase lilemong.
TŠEPO E MATLAFATSANG
Lelapa leso le lenyenyane la e-ba le hona ho kopana hammoho. Joale, nakoana hoba ke sebetsoe, ntate a thahasella ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Qalehong ’mè o ne a hanyetsa ka matla, ho isa moo a bileng a tšosa ka hore o tla lahla ntate. Empa kamor’a hoba e mong oa Lipaki tsa Jehova a mo bontše ka Bibele hore ha ho ntho e kang lihele tse tukang, a phakisa a thahasella ho ithuta Bibele. A tsoela pele ka potlako tsebong ea Bibele ’me, kamorao ho nakoana, a tšoantšetsa boineelo ba hae ho sebeletsa Molimo ka ho kolobetsoa. A phakisa a ba mafolo-folo haholo ho abelaneng ‘litaba tse molemo’ le ba bang. Ntate, le eena, o ne a sa ntsane a lika-lika, empa ha a bona ’mè a tsoela pele hantle, le eena a neela bophelo ba hae ho sebeletsa Jehova ’me a kolobetsoa.
Motho ea holofetseng a ka ’na a oela lerabeng la ho ikutloela bohloko. Ka lehlohonolo, batsoali ba ka ba ne ba hlile ba hlokometse sena ’me, ba sebelisa mangolo e le motheo oa taeo ea bona, ba tseba ho haha ka ho ’na tšepo e ncha. Tšepo eo e ne e le hore ke be le hona ho tseba ho tsamaea le ho matha le ho thabela bophelo bo phethahetseng ba ’mele taolong e ncha ea Molimo. Ke tebello e hlollang hakaakang!
Ka hla ka ja, ka robala le ho lora ka taolo e ncha ea Molimo. Tšepo ena hase bohlanya bo sa reng letho bo qapiloeng ke batsoali ba ka, kapa motho e mong osele, ho leka ho nkhothatsa. Che, empa ke tšepo e theiloeng ho hang litšepisong tsa Molimo tse ka Bibeleng. “Re lebeletse ka pallo ea oona [Molimo], maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng,” kamoo ho ngolileng moapostola Petrose.—2 Pet. 3:13.
Ke bile le tumelo e tiileng litšepisong tse joalo tsa Molimo ke sa le tlase lilemong. “Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona,” kamoo ho ngolileng moapostola ea bululetsoeng Johanne. “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšen. 21:3, 4) Empa lengolo leo ke ileng ka le rata haholo ea e-ba Esaia 35:6, le reng: “Sehlotsa se tla tlola joale ka khama.” Bosiu ke ne ke lora ke matha feela masimong a lipalesa le har’a mekhoabo ea joang likhilomethara tse telele.
TSOELOPELE EA MANTLHA
Ha ke le lilemo li hlano, ka thuso ea leoto le lecha le ntlafalitsoeng la maiketsetso le bitsoang “boot”, ke bile mohoeletsi oa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. Ke ne ke le motlotlo haholo ha ke tseba ho fana ka limakasine le lingoliloeng tse ling tsa Bibele ho batho. Ha ke le lilemo li tšeletseng ke ne ke fana ka neelano e feletseng ea Bibele malapeng, ke sebelisa mangolo a ’maloa sehloohong sa Bibele. Ka selemo se latelang ka fana ka puo eaka ea pele sethalleng ke le setho sa Sekolo sa Puso ea Leholimo.
’Mè o ne a bula-maliboho ’me ntate a okametse Sekolo sa Puso ea Leholimo phuthehong ea rōna Washington, D.C. Joale ha fihla memo ho rōna ea ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng kholo bakeng sa baboleli ba ’Muso, sebakeng sa Gaithersburg, Maryland. Ntate le ’Mè ba amohela kabelo ka thabo ’me ra phakisa ra fallela ntlong ea rōna e ncha.
Phutheho e ne e le nyenyane haholo Gaithersburg. Ha e le hantle, re ne re kopanela lapeng ha e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ho ne ho le teng metsoalle e seng mekae e metšo e neng e kopanela le phutheho. Joale e ne e le tokelo ho ba le hona ho nepisisa hore batho ba mehlobo eohle ba ka ithuta Lentsoe la Molimo. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, phutheho ea hola ’me ea anafala. Ka 1961, ka tumello ea ntate, ka tšoantšetsa boineelo ba ka ho Jehova ka kolobetso ea metsing.
Nakong ena ho ne ho etsahala liphetoho tse ngata tsa kahisano ka har’a naha. Ntoa e loanelang litokelo tsa botho e ne e le tseleng. Ho ne ho le teng mekoloko le boipelaetso ba ho se sebetse le liphutuhelano. “Black Power” le “burn, baby, burn” ho ne ho bonahala e le mapetjo a matsatsing ao. Ho ne ho le thata hore u se ke ua fumanoa har’a bophahamo ba se etsahalang. Empa ntate le ’mè ba ipoloka haufi le Lentsoe la Jehova ’me ba tiisa hore rona bana re na le pono e nepahetseng ka ponahalo e fetohang ea lefatše. E, re ne re thabetse ho ba le hona ho ja matlong a itseng a lijo le ho palama ka pele libeseng hona joale, empa tšepo feela ea rōna bakeng sa khotso ea ka mehla le tokoloho e ne e ntse e le taolong e ncha ea Molimo.
HO HOLELA BONNENG
Ha ke kena sekolo se phahameng, ka hlokomela ponahalo ea ka le kholofalo haholoanyane. Ka linako tse ling ke ne ke nyahama haholo kaha ke ne ke labalabela ho rateha le ho amoheleha har’a bana ba bang. Empa ka thusoa hore ke ananele hore matla a tsoa ho Jehova le hore ho tsebisahala lefatšeng ha ho hlokahale hore motho a fumane bophelo bo sa feleng.
Ke ne ke thulane le ’nete ea hore ho tla ba le lintho tse itseng tseo nke keng ka li etsa ka mehla. Ha bohlokoa e ne e le hore ke etse kamoo matla a ka a ka fellang linthong tseo nka li etsang. Ha e le ka metsoalle, e ne e tla ba ea bohlokoa bofe haeba e sitoa ho nkamohela ka seo ke leng sona le kamoo ke shebahalang kateng? Kamoo ho bileng kateng, ka fumana botsoalle ba ’nete har’a batho ba Jehova. Metsoalle ena ea nthuta kamoo nka bapalang “baseball” bolo e rahoang, le ho sesa. Ka ba motle ho seseng, ’me ho makaleng ha ka le lelapa leso ka ba e mong oa liithuti tse 17 tsa sekolo sa rona tse ileng tsa amohela moputso oa Mookameli oa naha oa ho tšoanelehela bokhabane ba lipapali.
Koana, “koetliso ea ’mele ha e na thuso e kholo.” (1 Tim. 4:8, phet. e ncha) Ho hongata hoo ke neng ke batla ho ho etsa ka ’mele oa ka ’me karabelo feela e utloahalang ho ile ha bonahala e le tšebetso ea bopula-maliboho. Ka hona ho tloha nakong eo ho ea pele ka qala ho bula maliboho lehlabula le leng le le leng, ’me ka bea sepheo sa ka e le mosebetsi oa nako e tletseng oa boboleli le ho sebeletsa Bethele, ntlo kholo ea Lipaki tsa Jehova e New York.
HO IKHETHELA
Pele ke hlokomela nako ea phano ea mangolo a sekolo ea fihla. Ke le seithuti se fetileng hantle haholo, ’me ke le motho ea holofetseng, ka neoa monyetla oa ho amohela thuso ea ho ithuta kolecheng e tsoang lekaleng la sekolo sa mesebetsi ea matsoho. Ke ile ka lekeha haholo hore ke amohele thuso eo! Matla a maholo ea e-ba a hore ke e amohele.
Kamor’a hore ke buisane le ntate ka hona, ka inahana hape ka koetliso eo ke e fumaneng. Ha ke ntse ke nahana ka eona haholo, ha ’na ha bonahala haholo hore ke ne ke itokiselitse ho etsa mosebetsi o khethehileng. Mosebetsi oo o ne o akarelletsa ho pholosoa ha bophelo, joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngolla mohlankana Timothea: “U ke u itebele, u lebele le eona thuto; ’me u tiee teng; hobane, ha u etsa joalo, u tla ipholosa, u pholose le ba u utloang.” (1 Tim. 4:16) Ka hona ka ngolisa mosebetsing oo o pholosang bophelo ka ho ngolisa ke le pula-maliboho. Ke qeto eo ho seng mohla nkileng ka ikoahlaela eona.
Hore ke lule ke le pula-maliboho ka ho fumana ho hlokahala hore ke etse mesebetsi e mengata e sa tšoaneng ea nakoana. Ho bolela e seng mekae feela, ka linako tse sa tšoaneng ke ne ke ferefa, ke hlatsoa lijana, ke hlokomela bara, ke pheha, molebeli oa monyako, ke lema seahlolo, ke thusa ba hahang, le ho sebetsa liofising. Ka nako e ’ngoe ke bile ka sebetsa ke le ea epang mekoti, hoo lelapa leso le sa ntsaneng le ho qaboha le kajeno.
Ha ke ntse ke sebeletsa Annapolis, Maryland, ke bile le liphihlelo tse thabisang tse ngata. E ’ngoe e bile le monna ea neng a ameha ka ho teba bolumeling ba khalalelo. O ne a lumela mollo oa lihele ka matla. Kamor’a ho ithuta Lentsoe la Molimo eena le lelapa lohle la hae ba amohela ’nete ea Lentsoe la Molimo, ’me hona joale ke moholo Phuthehong ea Annapolis Boroa. Liphihlelo tse joalo li tloaelehile har’a bopula-maliboho, ’me ka pelo eohle ke khothalletsa bacha bohle ba ka bang le hona ho finyella tokelo ena e hlollang ea tšebeletso hore ba etse joalo.
Lilemo li fetile ’me joale ke na le lelapa leo e leng laka. Jehova o ntlhohonolofalitse le ho ntšebelisa haholo. Hona joale ke sebeletsa ke le moholo sebakeng sa Washington, D.C.
Kaha ke se ke hola-holile, ho thatanyana ho hloa le ho theosa le litepisi, ho tsamaea libaka tse telele le ho ema ka linako tse telele. Ke simolla letsatsi le leng le le eng ka thapelo ho Jehova bakeng sa matla le tataiso ’me ka mokhoa o itseng ho teng matla a lekaneng ka mehla hore ke etse leeto la ho qetela la ho boela, hora ea ho qetela ea tšebeletso kapa seboka se latelang.
Ebile tlhohonolofatso e ntle hakaakang ho ba le batsoali ba molemo hakaalo, le ho tataisoa ke Molimo feela oa ’nete bophelong ba ka! Lilemong tse ka holimo ho 20 tseo ke bileng mafolo-folo ka tsona tšebeletsong ke ile ka itšetleha ka linako tsohle ka tataiso eo le matla a tsoang ho Jehova.
Ho ’na, toro eane ea ho matha feela limaele-maele taolong e ncha ea Molimo e sa ntsane e phela’ me e chesa ka mokhoa o khanyang. Ha e-ea fifala le hanyenyane feela.—Tlatsetso.