‘Le Tsamaee ka Mokhoa o Tšoanelang Jehova’
“Ha re phetse ho le rapella, le ho le kòpela hore le tlale tsebo ea thato ea oona, ka bohlale bohle, le kelello eohle ea Moea; le tle le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena [Jehova].”—Ba-Kol. 1:9, 10.
1. (a) Ke kamano efe e tsotehang eo re ka e thabelang le Jehova? (b) Ke eng, he, eo e lokelang ho ba boikutlo ba rōna mabapi le melao ea hae? (Pes. 119:47, 48)
JEHOVA MOLIMO ke motsoalle ea molemo ho feta eohle eo mang kapa mang a ka bang le eena. Kaha mopatriareka “Abrahama o lumetse Molimo, ’me a balloa hona hoba ke ho loka, ’me a neoa lebitso la motsoalle oa Molimo.” (Jak. 2:23) Ke kamano e babatsehang hakaakang! Empa Jehova o lakatsa hore batho bohle ba nang le tumelo e joalo ba tsamaee ka lebitso la hae e le metsoalle ea hae. Koana, haeba batho ka bomong ba tla khahlisa Molimo le ho thabela kamano e botsoalle le eena, ba tlameha ho ela hloko mantsoe a ’Mokelli, ea ileng a bolela tjena makholokholo a lilemo a fetileng: “Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.”—Moek. 12:13.
2. Ke’ng se hlokahalang ‘ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova’?
2 Tsebo e nepahetseng e-ea hlokahala ho ba motsoalle oa Molimo, ho boloka litaelo tsa oona le ho tsamaea ka lebitso la oona. Ka ho loketseng, ka baka leo, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a bolella balumeli hammoho le eena Kolose, hore: “Le rōna, . . . ha re phetse ho le rapella, le ho le kopela hore le tlale tsebo ea thato ea oona, ka bohlale bohle, le kelello eohle ea Moea; le tle le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena, le mo khahlise ka hohle, le bee litholoana mesebetsing e metle eohle, le ntse le hōla tsebong ea Molimo.”—Ba-Kol. 1:9, 10.
HO FALlMEHELA BOIKARABELO BA RŌNA
3. Re tlameha ho tsamaea joang haeba re tla tsamaea ka mokhoa o tšoanelang lebitso la Jehova?
3 Botsoalle le motho e mong bo ke ke ba bolokoa haeba re bua motho eo hampe ka tsela eitseng. Ka ho loketseng, haeba re lakatsa hore Jehova ebe motsoalle oa rōna, re tlameha ho ela hloko hore ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang lebitso la hae ho kenyelletsa ho phela tumellanong le sohle seo le se emelang. Hona ho hloka boithuto bo tiileng le ba ka mehla ba Mangolo a Halalelang, haesita le ho sebelisa ka botho seo a se buang. Ha batho ba re bona, ba re amahanya le Molimo oa rōna; ’me, joaloka Lipaki tsa Jehova, ke habohlokoa hore re emele Molimo ka nepo, re sebetsa tumellanong le Lentsoe la oona.
4. Mabapi le ho emela lebitso le halalelang, Lipaki tsa Jehova li na le boikarabelo bofe?
4 Lipaki tsa Jehova hape li hlokomela hore ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang lebitso la hae ho kenyelletsa tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba tsona. Li na le boikarabelo ba ho emela lebitso le halalelang ka pel’a batho ka mokhoa o tšoanelehang. Ka sebele, ha li tšoane le ba Bojakaneng kajeno ba ikhulang hore ba ka sebelisa lebitso Jehova ka baka la ho tšaba hore le ka khopisa e mong. Jehova o batla hore lebitso la hae le tsebahatsoe lefatšeng lohle. (Ex. 9:16) ’Me ruri ke tokelo ho tsebisa batho hore Jehova ke Molimo o Holimolimo.
5. Boikutlo ba Mokreste ke bofe mabapi le litaba tsa lipolotiki, hona hobane’ng?
5 Empa tlameho ea Mokreste e kenyelletsa ho fetang ho bua feela lebitso la Molimo ka molomo. Jehova, Motsoalle oa rōna oa hlooho-ea-khomo ke Morena e moholo oa bokahohleng bohle. Lebitso la hae le amana le ’muso oa hae le Jesu Kreste e le Morena oa Messia tlas’a Molimo. Ka sebele, he, ba tsamaeang ka mokhoa o tšoanelehang ka lebitso la Jehova ba tlameha ho buella ’muso oo. Kahoo, ha ba na kabelo ea letho litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše lena. Ho e-na le hoo, ba eme boemong bo le bong le Jesu Kreste ea ileng a bolela hore: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.”—Joh. 18:36.
6. Ke maikutlo afe ao ba tsamaeang ka mokhoa o tšoanelang lebitso la Jehova ba nang le oona?
6 Lefatše ka bolona le qoetse bokhopong. Ka baka leo, ba tla tsamaea ka mokhoa o tšoanelehang ka lebitso la Jehova e le metšoalle ea hae ba tlameha ho qoba lefatše lena le sohle se sebe se ho lona. Ba talima sebe ka tsela e tšoanang le ea Jehova Molimo, ‘ea lokileng litseleng tsa hae tsohle, ea mohau liketsong tsa hae tsohle.’ (Pes. 145:17) Bakreste ba tseba hore haeba ba ne ba ka utsoa, ba etsa bofebe kapa ka mokhoa o mong feela ba tlōla molao oa Molimo, lebitso la Jehova le ne le tla rohakoa ka baka leo. Le ka mohla ha re batle ha hoo ho ka ha etsahala! Ho e-na le hoo, re lakatsa ha boitšoaro ba rōna bo ka tlotlisa Molimo, joalokaha ho ngolile moapostola Petrose: ‘Le be le motsamao o motle har’a bahedene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona; joale ka hola le le lisenyi, ba rorise Molimo mohla o ba etelang, ha ba bontšisa mesebetsi e metle ea lona.’—1 Pet. 2:12; Ba-Roma 2:21-24.
“BAETSISI BA MOLIMO”
7. Ho bonolo joang ho etsisa Molimo?
7 Metsoalle ea motho e ka ’na ea e-ba le phello e ntle kapa e mpe ho eena, kaha motho a ka ’na a sekamela ho etsiseng litsela tsa metsoalle ea hae. Joale, ba tsamaeang ka mokhoa o tšoanelang lebitso la Jehova e le metsoalle ea hae ba ka tiisa hore katamelano e haufi le Molimo e tla ba le phello e ntle ho bona kamehla. Ho leka ho etsisa Jehova ho molemo haholo. Moapostola Pauluse o ile a phehella, a re: “Le fele le be baetsisi ba Molimo, ka ha le le bana ba ratoang.” (Ba-Ef. 5:1) Motho, le hoja a sa phethahala, a ka etsisa Molimo ka ho amohela tataiso e lokiselitsoeng ke Lentsoe la Molimo, le ka ho ineela tšusumetsong ea moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang ka mafolo-folo.
8. Bakreste ba lokela ho hlaolela eng? Joang?
8 Ka sebele, Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li lakatsa ho hlaolela le ho bonahatsa tholoana ea moea o halalelang oa Molimo—lerato, thabo, khotso, sebete, khauho, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro. (Ba-Gal. 5:22, 23) Ha bahlanka ba Molimo ba bonahatsa tholoana ena, batho ba bang ba tla susumeletseha hore ba nahane ka litšoaneleho tsena ha ho hopoloa ka Jehova Molimo. Koana, hona ho hloka hore Bakreste ba ’nete ba bonahatse tholoana ea moea oa Molimo hohle, pel’a batho bohle. Ka hona mohlanka oa Jehova a ka botsa hamolemo: Na ke hlile ke etsa hona lapeng, mosebetsing, sekolong, ha ke qhoba koloi, nakong ea mesebetsi ea boithabiso, le tse ling. Hona hohle ho kenyelletsoa ho tsamaeeng ka mokhoa o tšoanelang lebitso la Jehova. ’Me ruri tholoana ena ea moea e lokela ho bontšoa ho baena ba rōna le likhaitseli ka tumelo. Joale bohle re ka nyakallela ho ba har’a batho ba Jehova.—Pes. 144:15.
9. Thapelo e nka karolo efe mona?
9 Thapelo e tiileng ho Jehova bakeng sa moea o halalelang oa hae le thuso ho hlaoleleng tholoana ea oona bophelong e tla putsoa. (Luka 11:13; Ba-Roma 5:5) Ak’u nahane joale ka bokhutšoanyane ka melemo eitseng ea tholoana ena ea moea. Ho tla totobala hore e na le phello e ntle, e seng feela ho batho ba bonahatsa litšoaneleho tsena, empa le ho barapeli hammoho ba Jehova le ba bang.
10. (a) Lerato ke la bohlokoa joang har’a Bakreste? Hlalosa. (b) Ho latela 1 Ba-Korinthe 13:4-8, lerato le joang?
10 Lerato ke ea pele tholoaneng ena e boleloang ke Pauluse. “Molimo o lerato,” kamoo ho ngolileng moapostola Johanne. (1 Joh. 4:8) Kahoo, motho oa borapeli ea bonahatsang lerato o etsisa Jehova ntlheng ena. Ho feta moo, “seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona,” kamoo ho boletseng Jesu Kreste, “ke ha le ratana.” (Joh. 13:35) Lerato le har’a Bakreste le hapa tlhokomelo hona joale, joalokaha le ile la etsa matsatsing a pele. A bolela seo batho ba lefatše ba neng ba se bua ka Bakreste ba pele, Tertullian o ngolile: “‘Bona,’ ba re, “kamoo ba ratanang . . . le kamoo ba ithaopelang hore e mong a shoele e mong kateng.’” Ho feta moo, lerato ke “tlamo ea phetheho” ka phuthehong ea Bokreste. (Ba-Kol. 3:14) ’Me hase feela! Lerato le sebete le mosa. Ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na mekhoa e mebe, ha le ikhopolele, ha le halefe, ha le na lisuoa [hopole bobe], ha le thabele bokhopo. Ho e-na le hoo, le thabela ’nete, lea mamella, lea lumela, le na le tšepo le ho mamella lintho tsohle. Kannete, “lerato ha le ka ke la fela.”—1 Ba-Kor. 13:4-8, Phet. e Ncha.
11. Thabo ke eng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho thaba?
11 Thabo, tholoana e ’ngoe ea moea oa Molimo, ho boleloa hore e “metse ka metso ho feta tlhasimoloho, e khanya haholoanyane kapa e itšupa ho feta nyakallo.” Sefahleho se nyakaletseng, le se thabileng sa ’moleli oa ’Muso se ’nile sa elisa lifahleho tsa bamameli ba bangata. Hona na ho ke ke ha e-ba teng lebaka le letle la ho thaba haeba re tsamaea ka mokhoa o tšoanelang lebitso la Jehova? E, ka sebele, hobane re bolela ‘litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo o thabileng.’ (1 Tim. 1:11, NW) Ho feta moo, re na le litebello tse thabisang, tšepo e nang le mabaka ea mahlohonolo a tlang, haeba re tsoela pele ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang lebitso la Jehova. Nahana kahoo ha u talimane le mathata a bophelo. Loanela ho jala thabo le har’a metsoalle ea hao ea Bakreste, kaha batho ba ineetseng ho Molimo ba lebelletsoe ‘ho sebeletsa Jehova ka thabo le ka pelo e monate.’—Deut. 28:46, 47.
12. Khotso ke ea molemo ofe har’a Bakreste?
12 Khotso, tholoana e ’ngoe ea moea, ke tšoaneleho e fetisisang ka ho totobala ea Jehova. Ke “Molimo oa khotso.” (Ba-Heb. 13:20) Bakreste ba ’nete ba ‘phehella ho ba le khotso le batho bohle.’ (Ba-Heb. 12:14) Ho etsa papiso: Kopanong ea Thato ea Molimo ea Lichaba Tsohle ka 1958, Lipaki tsa Jehova li ile tsa etsa qeto ea hore: “HORE, ha re bua ka tšoantšetso, re teile marumo a rōna mehoma le metsu ea rōna lisekele ’me, le hoja re e-tsoa lichabeng tse ngata hakana, re ke ke ra phahamisetsana marumo hobane re baena ba Bakreste ’me re litho tsa lelapa le le leng la Molimo, leha e le hore re tla ke re ithute ho loantšana, empa re tla tsamaea litseleng tsa Molimo tsa khotso, kopano le lerato la boena.” Batho ba Jehova ba pheletse qeto eo, ’me khotso e har’a bona e hohela barati ba khotso ho ba tlisa Bokresteng ba ’nete. (Esa. 2:2-4) Ho feta moo, ‘Jehova o hlohonolofatsa sechaba sa hae ka khotso.’ (Pes. 29:11) Ha ba belaelle letho, empa ba tsebisa Molimo likōpo tsa bona ka thapelo. Ka lebaka leo, “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lona ho Jesu Kreste.”—Ba-Fil. 4:6, 7.
13. Sebete se akarelletsa eng, ’me se molemo joang?
13 Sebete, e ’ngoe ea litholoana tsa moea, ha e bolele feela ho “hlomoha halelele.” E kenyelletsa ho lieha ho halefa le mamello e sebete ea khopiso kapa phoso, e tlamahane le ho hana ho lahla tšepo ea hore ho tla ba molemo kamanong e senyehileng. Jehova ‘o lieha ho halefa,’ kapa o sebete. (Ex. 34:6) Sebete sa Molimo se lumella batho nako ea ho baka le ho balehela timetso. (2 Pet. 3:8-18) Ha Molimo o ntse o le sebete, o bokella “sechaba se khethetsoeng lebitso la oona” ’me ka sona, o iphahamisa lefatšeng ka bophara. (Lik. 15:14; Ba-Roma 9:22-24) Batho ba bitsoang ka lebitso la Jehova ba loanela ho ba “le mamello ho bohle.” (1 Ba-Thess. 5:14) Hona ha ho ntšetse pele likamano tse ntle har’a balumeli hammoho feela. Sebete se nolofalletsa Bakreste hore ka mamello ba thuse ba bang ho ithuta ka Jehova, ka maikutlo a hore ba etse thato ea hae le ho fumana bophelo bo sa feleng. (1 Tim. 4:16; Ba-Heb. 6:11-15) Hape, ka ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova ka tsela ena, batho ba Molimo ba khotsofatsoa ke ho o khahlisa hona joale, ’me ba lebelletse mahlohonolo a ka ho sa feleng.
14. Mosa ke eng, hona o na le phello efe?
14 Mosa le oona ke tholoana ea moea oa Molimo. O kenyelletsa ho thahasella ka mafolo-folo katleho ea ba bang. Jehova o bile ea ‘mosa le ho ba sa leboheng le ba khopo,’ a ba khothalletsa ho baka. (Luka 6:35; Ba-Roma 2:4) Ka ho loketseng, joaloka “baetsisi ba Molimo,” Bakreste ba lokela ho ikapesa ka mosa. (Ba-Ef. 5:1; Ba-Kol. 3:12) Ba latela keletso ea Mangolo ea hore ‘ba tšoarelane, joale ka ha Molimo le oona o ba tšoaretse ka Jesu Kreste.’ (Ba-Ef. 4:32) Mosa o tsoala mosa, ’me o na le matla a hohelang. Ka hoo, o fumantša ea o bontšang molemo, ea o etsetsoang le ea huleloang ho batho ba Molimo ka baka la ho bona mosa o sebetsang har’a bona.
15. Molemo o supa eng, hona o ka hōlisoa joang?
15 Molemo, tholoana e ’ngoe ea moea, e supa bokhabane boitšoarong le bohloeking. “Morena [Jehova] o molemo, o lokile.” (Pes. 25:8, phet. e ncha) E le thuso ho hōliseng molemo, ho hotle hore Bakreste ba kōpe Molimo ka thapelo: “U nthute kutloisiso [molemo] e ntle le tsebo, hobane ke lumetse litaelo tsa hao.” (Pes. 119:66) Hape, molemo o hōlisoa ka ho utloa litaelo tsa Jehova. Khotsofalo e teng tsebong ea hore motho o etsisa Jehova ka ho etsa ka molemo ho balumeli bahabo le ba bang bohle. Molemo o joalo o ka ’na oa hulela batho Bokresteng ba ’nete.—Ba-Gal. 6:10.
16. (a) Tumelo e hlalosoa joang? (b) Ho bonahatsa ha rōna tholoana ena ea moea ho ka ‘na ha e-ba le phello efe ho ba bang?
16 Tumelo, tholoana ea bosupa letotong la litholoana tsa moea, ke ea bohlokoa haholo ho ba batlang ho ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova.’ Ho thata ho boloka botsoalle le Jehova le ho khahlisa Molimo ha tšoaneleho ena e le sieo. (Ba-Heb. 11:6) “Tumelo ke tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng, ke pontšo e kholisang ea tse sa bonoeng.” (Heb. 11:1) Hase tšepo feela e se nang motheo, empa ke tebello e nang le motheo. Ho feta moo, tumelo ke bopaki bo hlokahalang bakeng sa ho kholisa ka linnete tse sa bonoeng. Ka mohlala, lintho tse bopiloeng tse kang letsatsi, khoeli le linaleli li pakela motho ea nahanang hore Molimo ’Mōpi o teng. (Ba-Roma 1:20-23; Ba-Heb. 11:3) Ha motho ka mong a bontša ho lumela ho Jehova, o beela Bakreste bahabo mohlala o motle. Tumelo ea bona e ka ’na ea tiisoa ke ho bona tumelo ea hae e tiileng ho Jehova. ’Me tumelo e sebetsang joalo mohlomong e ka susumelletsa ba sa lumelang ho qalisa ho tšepa Jehova Molimo.
17. Bonolo ke eng, hona ho hlaha eng ha baetsisi ba Jehova ba bo bontša?
17 Bonolo, tholoana e ’ngoe ea moea, e ka ’na ea hlalosoa e le ho iketlela ntho, bokhabane, li felehelitsoe ka matla. Jesu Kreste o itse: “Ke mosa le pelo e nolo.” (Matt. 11:29) Jehova, ea lokiselitseng hore a atameloe ka Kreste, o mosa, ha a khahlapetse, ha a sehlōhō. Kahoo, ba batlang ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang lebitso la Molimo ha ho lebaka la hore ba tšohe ho mo atamela ka thapelo. (Ba-Heb. 4:16; 1 Joh. 4:17, 18) E le baetsisi ba Jehova le Mora oa hae, Bakreste ba bontša bonolo litšebelisanong tsa bona le batho bohle, ’me hona ho molemo ruri. Har’a lintho tse ling, “moea o mosa, o bonolo” oa mosali oa Mokreste e ka ’na ea e-ba lebaka la ho hapa molekane ea sa lumelang hore a kene tumelong ea ’nete. (1 Pet. 3:1-4) Joale, hape, bonolo bo holisa likamano tse monate har’a batho leha mathata a ka hlaha, “karabo ha e le bonolo e thethefatsa bohale.”—Liprov. 15:1.
18 Boitšoaro bo akarelletsa eng, hona bo ka ba le phello efe?
18 Boitšoaro, tholoana e boleloang qetellong ea moea, e kenyelletsa ho ikhalemela bothong, puong le liketsong. Jehova ‘a ’na a itšoara’ ho fihlela ha ho fihla nako e nepahetseng ea hore a otle Babylona e neng e entse Jerusalema lesupi. (Esa. 42:14, 15) Joaloka “baetsisi ba Molimo,” Bakreste ba loanela ho itšoara linthong tsohle ’me ka tšepo ba ka rapela Jehova hore a ba thuse ho hlaolela tšoaneleho ena. (1 Ba-Kor. 9:25) Boitšoaro ke lehlohonolo ho ea bo sebelisang le bohle ba tloaelaneng le eena. Joaloka litholoana tse ling tsa moea, tšoaneleho ena e ka ’na ea boela ea hohella ba shebelletseng Bokresteng.
SE KŌPTJOANG KE MOLIMO
19. Jehova o re kōpa ho hokae?
19 Ba nang le lebitso la Jehova ba bitsoa ka lona ba ka khahlisa Molimo haeba ba batla thuso ea hae ho hlaoleleng litholoana tsa moea. Ka sebele, haeba re fela re shebella hore Jehova a re tataise ’me re utloa boikarabelo ba rōna ka ho tebileng pel’a hae, o tla re tiisa hore re tsamaee ka tsela tsa hae. Pauluse o itse: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.” (Ba-Fil. 4:13) Ka mosa oa hae o lerato, Jehova o re thusa haholo ’me o re kōpa ho fokolang ka papiso. Mikea o ngolile hore, “Uena motho, u tsebisitsoe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho uena, ke hore u etse se lokileng, u rate bokhabane, le ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo oa hao.”—Mik. 6:8.
20. Ke hobane’ng re ka tšepang tšireletso le thuso ea Jehova?
20 Ka ho etsa ka toka, mosa o lerato le ka ho itekanela ho tsamaeeng le Jehova, ha rea siuoa ntle ho tšireletso tsamaisong ena ea lintho e mabifi. Che, hobane re ka kholoa hore Jehova Molimo o tla re thusa le ho re sireletsa joaloka batho ba hae ’me o tla re loela ho kena taolong ea hae e ncha eo a e tšepisitseng, haeba re tsoela pele ho tsamaea ka mokhoa o mo tšoanelang. Joalokaha moprofeta Samuele a kite a bolela ka lekhetlo le leng, a re: “Jehova a ke ke a lahla sechaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho khahlile Jehova ho le etsa sechaba sa hae.”—1 Sam. 12:22.
21. Ke tebello efe e emeng ka pel’a ba tsamaeang ka mokhoa o tšoanelang lebitso la Jehova?
21 Haeba re nka boikarabelo ba rōna ka ho teba pel’a Molimo, re tsamaea kannete ka mokhoa o tšoanelang lebitso la Jehova, o tla ba le rōna e le motsoalle oa rōna. Ka sebele, haeba re tsoela pele ho fumana le ho sebelisa tsebo ea lentsoe la hae le bululetsoeng, Jehova a ke ke a re lahla. Joaloka Lipaki tsa hae, re boletse hore re tla “tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rōna.” (Mik. 4:5) E se eka re ka phelela qeto eo. Ka ho etsa joalo, re tla ba le tebello e hlollang ea ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova ka ho sa feleng.