Lerato Ketsong
“Lerato ha le ka ke la fela.”—1 Ba-Kor. 13:8.
1. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makatsoa ke ho haella ha lerato la sebele lefatšeng?
LEFATŠENG lena, nako le nako re bona le ho utloa lentsoe “lerato.” Le hlaha lipineng, libukeng le libaesekopong le litsebisong tse ngotsoeng lipampiring tse kholo le likonopong. Empa re iphumana re phela lefatšeng leo ho lona lerato la ho itela le haellang ka sebele. Hona ha hoa lokela ho makatsa, hobane batho ba bangata ba bua ka phoso ka takatso le qenehelo e le lerato. Ha ba ea tloaelana le lerato le khethollang barutuoa ba ʼnete ba Jesu Kreste. Lerato lena le fetela ka nqaane ho hore motho a rate oa habo joalokaha a ithata. Le akarelletsa, haeba ho hlokahala, ho ithaopela ho tela bophelo ba hae bakeng sa baena ba Bakreste ba hae. Kahoo motho o ne a tla be a etsisa Jesu Kreste, eo ka boithaopo a ileng a tela bophelo ba hae bakeng sa batho.—1 Joh. 3:16-18.
2. Taba eo ho buisanoang ka eona ho Ba-Korinthe ba Pele khaolo ea 13 ke efe?
2 Ka ho hlakileng, lerato la Bokreste le mafolo-folo, le iponahatsa ka molemong o sebetsang oo le o etsetsang ba bang. E le boikutlo, lerato lena ha le hlalosehe habonolo. Tsela eo le itlhalosang ka eona, leha ho le joalo, e ka hlalosoa. ʼMe, ho Ba-Korinthe ba Pele khaolo ea 13, re fumana tlhaloso e babatsehang kannete ea lerato leo Bakreste ba lokelang ho ba le lona. Khatiso khaolong ena ha e pontšong ea lerato la Molimo bakeng sa batho kapa lerato la rona bakeng sa Jehova Molimo. Empa tlhaloso ea sehlooho ea taba e ho moo lerato le lokelang ho bontšoa ho batho hammoho.
3. A mang a mathata a bileng teng ka phuthehong ea Korinthe ke afe?
3 Ke sona se neng se hlokoa ke Bakreste ba Korinthe, hobane ba ne ba sa thabele likamano tse molemohali har’a bona. Joalokaha ho totobala tlhahlobong ea lengolo lena lohle la Ba-Korinthe ba Pele, phutheho ea moo e ne e e-na le mathata a mona, qhoebeshano, likarohano, boikhantšo, boitšoaro bo bobe, ho se tšepahale le bolokolohi bo sa lokelang. Ba bang phuthehong ena ea Korinthe ba ne ba lakatsa botumo. Ba ne ba batla ho “benya” ka ba bang ka mahlale le lineo kapa tlhompheho.—1 Ba-Kor. 1:10, 11; 3:2, 3; 4:6, 7; 5:1, 2; 6:7, 8; 8:1, 2, 7-13; 11:18, 19; 12:14-18.
“TSELA E NTLE KA HO FETISISA”
4. Na Bakreste bohle lekholong la pele la lilemo C.E. ba ne ba e-na le lineo tse tšoanang?
4 Koana, e ne e se phoso hore motho a talime lineo tse kholoanyane tsa moea e le tse lakatsehang le hore monna a rate ho sebeletsa phutheho joaloka moapostola, moprofeta kapa moruti. Empa moapostola Pauluse a totobatsa, a re: “Na bohle ke baapostola? Kapa bohle ke baporofeta? Kapa bohle ke baruti? Kapa bohle ke ba etsang mehlolo? Na bohle ba na le neo ea ho folisa? Kapa bohle ke ba buang ka maleme asele? Kapa bohle ke ba hlalosang maleme ao?” (1 Ba-Kor. 12:29, 30, phet. e ncha) Leha ho le joalo, ho ne ho le teng se neng se ka etsoa ke bohle ba ka phuthehong. Ha e le hantle, e ne e le ntho e totobetseng ho feta ho phehella “Lineo tsa Moea.” Hona ho totobala khothatsong ea moapostola: “Labalabelang lineo tsa bohlokoa. Joale ke tla le bontša tsela e ntle ka ho fetisisa.”—1 Ba-Kor. 12:31, phet. e ncha.
5, 6. (a) Moapostola Pauluse o ne a bolela eng ka polelo “tsela e ntle ka ho fetisisa”? (b) O bontšitse joang hore ho ba le bohlale le lineo hase eona ntho e kholo ea bohlokoa ho Bakreste ba ʼnete?
5 Tsela ena e fetisisang ke efe? Ke tsela ea lerato. E, ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Korinthe ba fetole tsela eo ba lekanyang “lineo” ka eona ʼme ba sebelise lerato. A supa kamoo lerato e leng la bohlokoa haholo ho feta mahlale le lineo kapa limpho, Pauluse o ngolile: “Leha nka bua lipuo tsa batho le tsa mangeloi, empa ke se na lerato, ke itšoanela feela le tšepe e llang kapa lekapa le etsang mangenengene. Leha nka ba le neo ea boporofeta, ʼme ka tseba liphiri tsohle tsa Molimo, ka ba ka li utloisisa, esita leha nka ba le tumelo eohle e hlokahalang ho suthisa lithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho. Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka ʼmele oa ka hore o chesoe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.”—1 Ba-Kor. 13:1-3, phet, e ncha.
6 Ho nolofalloa ha Mokreste ke ho bua lipuo tse ling ho e-na le ea habo ruri e ne e tla ba neo ea bohlokoa. Ho neng ho bile ho tla ba hoholo ke matla a ho bua ka puo ea mangeloi ao e leng libopuoa tse phahameng ho feta motho. Empa haeba motho a ne a ka sebelisa neo ho ntšetsa pele botumo ba hae kapa ka tsela e ʼngoe a susumeletsehe kahosele, o ne a tla be a sa hahise ho batho ba bang, ho akarelletsa baena ba hae ba Bakreste. O ne a tla itšoanela feela le lerata le leholo la tšepe kapa lekapa. Ho feta moo, ha lerato le le sieo, lineo tsa ho profeta, tsebo ea mohlolo le tumelo ea mohlolo li ne li ke ke tsa sebeletsa ho khothatsa ba bang. Lineo tsena kapa limpho ka mokhoa oo li ne li ke ke tsa sebelisoa ka nepo. Ka ho tšoanang, motho ea neng a tla nea ba bang matlotlo a hae ka lerato, e le hore feela a ka ithorisa, o ne a ke ke a fumana molemo. O ne a ke ke a putsoa. Ho thoe’ng haeba a ne a ka ikhethela ho hlomoha kapa le hona ho shoa, mohlomong e le ka sepheo sa hore e be mohale mahlong a batho? Hape, haeba a ne a hlile a se na lerato la sebele ho Molimo kapa batho ba bang, boithaopo ba hae ho etsa sehlabelo se phahameng bo ne bo ke ke ba mo fumantša molemo leha e le ofe o sa feleng. Ntle ho lithoriso tse tsoang ho batho ba shoang, ho ne ho se letho leo a tla le fumana. (Bapisa Mattheu 6:1-4.) Kaha lerato ke la bohlokoa hakana, ke hantle ha re nahanisisa hore na ka bomong re finyella hakae pontšong ea rona ea ka mehla ea tšoaneleho ena e ntle. Na kannete re phehella “tsela e ntle ka ho fetisisa”?
KAMOO LERATO LE KA BONTŠOANG KA KETSO
7. Re bontša lerato joang ha re feta litekong?
7 Ba-Korinthe ba Pele 13:4 e re: “Lerato le na le mamello, lerato le mosa.” Hona ho re hloka eng? Ha re qholotsoa, re hatelloa, re khopisoa kapa re buuoa hampe, re lokela ho itšoara joang? Motho ea mamellang o qoba lepotla-potla kapa ho phatloha ka boikutlo ba botho. Ka sebete o tla mamella tlas’a maemo a lekang, a etsa joalo ka tšepo ea hore ba ikarabellang bakeng sa boemo bo sa thabiseng ba thusoa hore kahoo ba fetole litsela tsa bona. Ka lebaka lona leo, re lokela ho ba mosa, re se ke ra ba ba khahlapetsang kapa ba nang le lehloeo, empa re be bonolo, re be le botsoalle le ho thusa. (Bapisa Ba-Roma 12:20, 21; 1 Petrose 2:18-23.) Ka baka la kameho ea ʼnete bakeng sa balumeli bahabo rona, ka thabo re lokela ho mamella libopeho tsa bona le mefokolo leha e le efe ea letsoalo eo ba ka bang le eona. Ha rea lokela ho hatella litokelong tsa rona empa re ikhule ho sebeliseng bolokolohi ba rona ba Bokreste ka botlalo. Kahoo re tla be re sa khopise ba bang, re ba nea lebaka la hore ba furalle borapeli ba ’nete.—Ba-Roma 14:1-4, 19-21.
8. Ke hobane’ng ha ho ikhantša, ho ithorisa le mohono e le ho hloka lerato?
8 Re boetse rea bolelloa: “[lerato] ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikhohomoso.” (1 Ba-Kor. 13:4) Haeba re fela re rata bana babo rona ba Bakreste ke joang re ka bang mohono kapa ra ba mona ka seo ba se finyellang, mahlohonolo a bona kapa matla? Ho e-na le hoo, re tla thaba le bona ʼme re nyakallele karolo eo ba e phethang ho haheng phutheho. (Ba-Roma 12:15, 16) Ka ho tšoanang, ke joang nako le nako re ka iketelletsang pele le ho phahamisa seo re se finyelletseng le seo re se fihletseng? Hona ho ka nyahamisa ba re mametseng. Ba ka ʼna ba qala ho ikutloa hore ba entse ho honyenyane haholo ha ho bapisoa. Ho ithorisa le ho ikhantša ha rona ho ka nyahamisa ba bang feela le ho tlosa ho hong khanyeng e lokelang ho neoa Jehova Molimo. Hoo e tla ba ho hloka lerato ho hokaakang! Ho ka ba molemo haholo ha re theola karolo ea rona. Re mpa re le bahlanka ba Molimo feela, ʼme tlotla eohle le thoriso tsa kholo ea phutheho ea Bokreste li lokela ho ea ho eena. (1 Ba-Kor. 3:5-9) Boikokobetso bo tla re thibela hore re be le maikutlo a iphamisitseng ka rona ʼme bo tla re thibela hore re leke ho khahla ba bang ka bohlokoa boo re inahanelang bona.
9. Kaha lerato ‘ha le itšoare ka mokhoa o mobe,’ hona ho re hloka eng?
9 Ho feta moo, lerato “ha le na mekhoa e mebe.” (1 Ba-Kor. 13:5) Ha re e-na le lerato la ʼnete, re hloile bobe ba mefuta eohle. Empa ho ameha ho eketsehileng. Polelo “ha le na mekhoa e mebe” hape e ka bolela ‘ho se qhashapole.’ (Bona The New English Bible.) Likamanong tsohle, lerato le hlahlisa boitšoaro bo nepahetseng. Motho ea lerato ha a khese bafumanehi le ba hlokang, a qoba ho tloaelana le bona. Ha a qobelle setsoalle sa hae ho ba seng bakae feela ba itseng. (Bapisa Jakobo 2:1-9) Boitšoaro bo botle hape bo akarelletsa ho bontša ho nahanela ba boholong ka tšoanelo. Haeba re e-na le lerato la ʼnete, re tla hlonepha motho le matlotlo a ba bang. Hoo ka sebele ho ne ho tla akarelletsa libaka tseo re kopanelang ho tsona. Ke ho sa lokelang hakaakang hore bana ba ngole litulo kapa ba mathe hohle, mohlomong ba bile ba thula batho! Boitšoaro bo sa lokelang joalo ha bo na sebaka ka phuthehong ea Bokreste. Bo hlahisa hampe mokhoa oo batsoali ba okamelang bana ba bona ka oona.
10. Re ka bontša joang hore ha re ipatlele lithahasello tsa rona?
10 Ha a tsoela pele ho hlalosa lerato, moapostola Pauluse o ngolile: “[Lerato] ha le ikhopolele.” (1 Ba-Kor. 13:5) E, ho hlokahala thahasello e mafolo-folo ho litho tsohle tsa phutheho—tse holileng le tse nyenyane, tse kulang le tse holofetseng, tse sebetsang ka thata ho ruteng, ho boleleng le ho etseng barutuoa. Lerato le falimehetse se hlokoang ke balumeli hammoho ʼme le potlakela ho araba, ho amohela. Ha le tsitlelle tseleng ea lona. (1 Ba-Kor. 10:23, 24) Tšoaneleho ena e ntle ha e amane kae kapa kae le maikutlo a “’na pele.” Ho hang lea nahanela.
11. Kaha ‘lerato ha le halefe’ re lokela ho qoba eng?
11 Kaha lerato “ha le halefe,” ka sebele e ka ba phoso hore re batle mabaka a ho iphahamisa ka bohale. (1 Ba-Kor. 13:5) Re lokela ho ‘lieha ho halefa,’ re qoba khalefo. (Jak. 1:19) Ka lapeng, hona ho hloka hore bohle ba tsekelle ho ba sebete ka mefokolo ea e mong. ʼMe ka phuthehong, baholo ka ho khethehileng ba tlameha ho bea mohlala oa sebete ha baena le likhaitseli ho bonahala ba lebala le ho se tsotelle kapa ba hloleha ho jara boikarabelo ba Bokreste ka ho teba.
12. Ke’ng se ka pakang hore ha re boloke ‘bobe khopolong’ ha re bo etselitsoe?
12 Ho feta moo, tumellanong le tlhaloso ea Bibele ea lerato, ha rea lokela ‘ho hopola bobe bo re bo etselitsoeng.’ (1 Ba-Kor. 13:5) Ekaba ho hloka lerato ho koetla likhopiso le ho hlahloba kamoo ba itseng ba ileng ba u fosetsa kateng, joalokaha eka re bala lintlha tsa tlholisano. Tse fetileng li beeloe kathoko, ʼme ba kileng ba re fosetsa ba se ke ba etsoa ka mokhoa o seng mosa.—Liprov. 20:22; 24:29; 25:21, 22.
13. Lintho tse ling tse sa lokang tse sa thabeloeng ke lerato ke life?
13 Lerato le ke ke la etsa joang hape? “Ha le thabele bokhopo.” (1 Ba-Kor. 13:6) Ka baka leo, lerato le ke ke la nyakallela ha ba bang ba pitloa ke phoso, ba itlotlolla me ba timela. Bakreste ba ʼnete ha ba nyakalle, ba bolela hore ho ne ho tšoaneleha hore motho eo a oeloe ke khathatso. (Liprov. 17:5; 24:17, 18) Ho phaella moo, re se ke ra thabela ha motho ka masene a lohella litaba hore a tsoe boemong bo lokeloang ke kotlo. (Pes. 50:18) Haesita le ho bona ha rona lintho tse khopo li bontšoa libaesekopong kapa mananeong a thelevishene ho se ke ha re thabisa. Joale, hape, ekaba ho sa lokelang ho emela litho tse se nang mekhoa e metle tsa phutheho, re tšoaea liphoso ha li nyatsuoa. Hona ho ke ke ha thusa mofosi hore a nke mehato e sebetsang hore a hlaphoheloe ka ho feletseng bofokoling ba hae ba moea bo mo isitseng boitšoarong ba hae bo sa lokelang.
14. Lerato le thabela eng?
14 Re lokela ho thabela eng? Lerato le “thabela ʼnete.” (1 Ba-Kor. 13:6) Ka baka leo, ʼnete e bapisoa le bokhopo temaneng ena, hona ka ho totobetseng ho bolela hore re lokela ho thabela ho bona tšusumetso e matla bakeng sa ho loka eo ʼnete e nang le eona bophelong ba batho. Re lokela ho thabisoa ke lintho tsohle tse isang mahlohonolong, a nang le phello e hahang le e matlafatsang ba bang le a sebeletsang ho ntšetsa pele tsela ea ʼnete le ho loka.
“LERATO HA LE KA KE LA FELA LE KA MOHLA”
15. Ke tiiso efe eo Bibele e fanang ka eona ea hore lerato la ʼnete ha le ka ke la fela?
15 Ntle ho ho ba tsela e fetisang ka botle, tsela ea lerato e ke ke ea fella kapa ea haelloa. Hona re ho hlokomelisoa hantle ka mantsoe a latelang: “Le iphapanyetsa tsohle, le lumela tsohle, le tšepa tsohle, le mamella tsohle. Lerato ha le ka ke la fela le ka mohla.”—1 Ba-Kor. 13:7, 8, phet. e ncha.
16. Lerato ‘le mamella tsohle’ joang?
16 Ka kutloisiso ea ho ‘mamella lintho tsohle,’ lerato la ʼnete ha le beelloe kathoko ka potlako, le tšeloe ka metsi kapa le tloheloe. Ha le amehe habonolo leha e le hore le fihlela liqeto kapele ka hore ha ho na tšepo ea ho bona ba bang ba ntlafatsa. Haeba re le lerato, re tla tsoela pele ho etsa botle ho batho bahabo rona ho sa tsotellehe ho haelloa ha bona ke teboho.—Matt. 5:44-48.
17. Ke ka kutloisiso efe ‘lerato le lumelang tsohle’?
17 Re ka utloisisa mantsoe joang, ‘lerato le lumela lintho tsohle’? Hona ka sebele ha ho bolele hore re ka nkeha feela, re lumela ntle ho mabaka, ka mohlala, re hloleha ho lemoha se hlileng se leng sebe. Ho e-na le hoo, ho bolela hore lerato ha le belaelle. Kahoo, le hoja baena ba rona ba moea ba ka ʼna ba etsa le ho bua lintho tse re hlabang, re ke ke ra potlakela ho fihlela qeto ea hore ba ne ba hlile ba rerile ho re hlabehisa. Ha re shebelletse boitšoaro ba ba bang, re ke ke ra nahana hang feela ka ho hobe empa re loanele ho bo talima ka tsela e khanyang kamoo ho ka etsahalang. Re tla tlohella hore baena ba rona ba Bakreste litaba li sallane le bona, re sa ba nahanele merero e mebe kapa sepheo se sebe.—Moek. 7:21, 22.
18. Ha ho fihloa tšepong le mamellong, lerato le tla re nolofaletsa hore re etse joang?
18 Ka ho tšoanang, lerato le na le tšepo ea hore lintho li tla tsoella hantle. Hona ha ho bolele hore lerato le sethoto. Empa, ho e-na le hoo, e, lea batla, le bile le rapella phello e molemo ka ho fetisisa. Lerato le na le tšepo. Ka baka leo, ha re etela batho sebakeng se sa arabeleng, ka mohlala, re ka etsa joalo ka tšepo ea hore, kamor’a nako, ba bang ba tla retelehela ʼneteng. (Bapisa Ba-Roma 9:1-3.) Hape, molekane ea lumelang ka ho nepahetseng o na le tšepo ea hore ea sa lumelang qetellong o tla amohela ‘litaba tse molemo.’ (1 Pet. 3:1, 2) Le hoja lerato le re thusa hore re be le tšepo ea se molemo haholo, hape le re nolofaletsa ho mamella mahloriso, liteko, mahlapa le liketselletso tsa mefuta eohle.
19. Ke hobane’ng le ka mohla re ke keng ra ikoahlaela ho etsa ntho e lerato?
19 Boemong leha e le bofe bo teng, ho ba ha rona le lerato ho tla thusa ka linako tsohle. Le ka mohla re ke ke ra ikoahlaela hore re entse ntho e lerato. Ha ho mohla lerato, lerato le nang le boitelo kannete, le kileng la feteletsa boemo bo bobe. Na ha re na lebaka le utloahalang, he, ho etsisa Ntate oa rona oa leholimo eo tšoaneleho e ahileng ho eena e leng lerato?—1 Joh. 4:7, 8.
20. (a) Joalokaha ho bontšitsoe ho 1 Ba-Korinthe 13:8-13, ke halelele hakae tsela ea lerato e tlang ho ba ‘tsela e fetisisang’? (b) Le hoja lineo tsa mohlolo tsa moea li fetile, barutuoa ba ʼnete ba Kreste ba sa ntsane ba ka hlokomeloa joang?
20 Hase feela tsamaisong ena ea lintho empa le ka ho sa feleng lerato le tla tsoela pele ho ba tsela e ntle ka ho fetisisa. Le ke ke la “fela” le ka mohla. Moapostola Pauluse o ile a totobatsa sena ha a re: “Lipolelo tsa boporofeta li tla fela, le neo ea maleme asele e tla khaotsa, le tsebo e tla fela. . . . Joale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tšepo, le lerato, li tla ʼne li be teng; empa e kholo ho tsona ke lerato.” (1 Ba-Kor. 13:8-13) Pale ea phutheho ea Bokreste e tiisa hore lineo tsa mohlolo li ile tsa fela tsa fela, ka ho totobetseng lekholong la bobeli la lilemo C.E. Leha ho le joalo, barutuoa ba ʼnete ba Jesu Kreste, ho tla fihlela kajeno, ba ka khetholloa ka lerato leo ba nang le lona har’a bona ka bobona.
21. Ha ho talingoa bohlokoa ba lerato, ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona?
21 Ho thoe’ng ka rona ka bomong? Na rea atoloha leratong la rona bakeng sa baena ba rona ba Bakreste? Na rea ntlafala ho bontšeng lerato ka mokhoa o hlalositsoeng ke moapostola Pauluse? Ka sebele, ke sona seo re batlang ho se etsa. Kaha lerato ke tholoana ea moea oa Molimo, na re rapella moea oo ka bongata e le hore re ka lumella lerato le bonahale ka botlalo bophelong ba rona? (Ba-Gal. 5:22) E se eka lerato le ka tsoela pele ho sebetsa bophelong ba rona e le hore re ka ʼna ra phela, e, ra ʼna ra ratana ka ho sa feleng joaloka bahlanka ba tšepahalang ba Molimo oa lerato, Jehova.—1 Joh. 4:20–5:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ho bontša lerato la ’nete libokeng tsa Bokreste re lokela ho laola bana
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Lerato ketsong le bontšoa ka ho thusa ba bang