Bokhukhuni—Molato?
HAUFINYANE, banyalani ba babeli ba baromuoa, e le Lipaki tsa Jehova, ba ile ba tšoaroa har’a polao e sehlōhō se tšosang e ileng ea oela motse oa Kolwezi, Zaïre. Ho bonahala motse o ne o futuhetsoe ke batala ba tšeelitsoeng ke Makomonisi, ’me qalehong ho ile ha bonahala ba khotsofetse ke ho tšosa ba basoeu feela ba betsa likulo ka holim’a matlo. Ba bangata ba basoeu ba ile ba ikoalla ka matlung a bona, empa ba neng ba ba futuhetse hamorao ba ile ba qetella ba utsoa, ba e-noa, ba beta ba bolaea, e leng ho ileng ha etsa hore motse o bonahale e le tšenyo e tšabehang ea bophelo. Beke e sisimosang ea matsoalo ea felella ka ho fihla ha makhotla a basele a Mafora ka la 19 Motšeanong, le ho fihla ha lifofane tsa ntoa tsa Belgium ka le hlahlamang. Ho ile ha hakanngoa hore ho ile ha bolaoa batho ba basoeu ba ka bang 200 le ba batšo ba ka bang 700.
Banyalani ba babeli ba Lipaki ba ile ba tsoella joang? Ka matsatsi a supileng ba ile ba itšireletsa ka lapeng ha bona ba potelletse ka mabokose a lingoliloeng tsa Bibele, limaterase le mesamo tse neng li thibile lifenstere. Liqhomane le seretse sa likulo li ne li fofa hohle. Ntlo ea bona e ile ea fetoha motsoebere feela, empa ba pholoha hore ba isoe Kinshasa ka sefofane. Le hoja bona ka bobona ba ne ba tsoile likotsi tse seng kae, boima bo ile ba e-ba boholo bophelong ba mosali, eo e neng e le moimana oa likhoeli tse tšeletseng, hoo a ileng a beleha ngoana oa moshemane ea ileng a hlaha pele ho nako. A sa hola ka ho feletseng hore a ka phela ka ntle ho popelo ea ’mè oa hae, o ile a phela ka matsatsi a mane feela. Batsoali, leha ho le joalo, ba ile ba tšelisoa ke tsebo ea hore o tla phela hape lefatšeng le nyakalletseng haholoanyane, hape le ke tšepo ea hore bona ka bobona ba ka ’na ba pholoha mehla ena ea bokhukhuni ho mo amohela hape paradeiseng eo.—Luka 23:43, Joh. 5:28, 29.
TŠOKELO EA BOKHUKHUNI
Qamaka leha e le kae kapa kae feela lefatšeng lena kajeno—bokhukhuni bo ntse bo lelatsa hlooho ea bona e mpe. Likhukhuni li lihile mebuso ea lentsoe la sechaba Amerika. Ba baloang ka likete ba shoele ka baka la bokhukhuni bo ileng ba kenella lipakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta Ireland e ka Leboea. Japane, likhukhuni tse loanang li ile tsa liehisa ho buloa ha seemelo se secha sa machaba sa lifofane ka lilemo tse hlano. Likhukhuni tsa Palestina li ntse li loantšana le Iseraele, li bile li bolaea batho ba tletseng libese. Jeremane le Italy ho ’nile ha koeteloa batho ba bile ba bolaoa, ho phahamileng ka ho fetisisa Roma e le ho bolaoa ho sehlōhō ha moeta-pele oa nakong e fetileng Aldo Moro.
Joale ho teng kotsi e ntseng e hoanka literateng metseng e mengata e meholo lefatšeng. Ho khama, bosholu, ho beta, le lipolao li fetohile ntho ea tsatsi le leng le le leng. Ke batho ba seng bakae ba hlileng ba ikutloang ba sireletsehile. E, bokhukhuni bo jele setsi ho pota lefatše lohle.
Leselinyana le leng la litaba le ile la hlalosa boemo e le “seoa sa pefo.”a Ha ho ne ho buisanoa le batho ba lona, le ile la bua ka “setsebi se etellang pele sa bokhukhuni,” Walter Laquer, e le se reng:
“Kajeno likhukhuni li fapane le bahabo tsona ba mehleng e fetileng tšobotsing e le ’ngoe ea bohlokoa. . . . Likhukhuni tsa lekholong la lilemo la 19 li ne li khetha. . . . Bokhukhuni ba kajeno ha bo khetholle—bo bile bo sehlōhō le ho feta nakong e fetileng. Likhukhuni li kenya seqhomane ka lebenkeleng le leholo ’me ha li tsotelle hore na ho tla shoa bomang. Taba ke hore, nako ea ho tla fihlela ka Ntoa ea pele ea Lefatše, ka kakaretso, e ne e e-na le botho bo bongata. Ke masoabi ho bolela hore bophelo ba batho bo se bo fetohile bo nkeloang tlase mehleng ea rōna—mohlomong e le ka lebaka la se ileng sa fihleloa ha ho etsoa polao e khōlō Lintoeng tsa Lefatše ea pele le ea bobeli. Hape, hona joale re na le bahlalefi bana ba pefo ba neng ba se teng lekholong la 19 la lilemo—batho ba pheang khang hore pefo ke ntho e tlotlehang, ba reng e u etsetsa lintho ka mokhoa oa kelello, ba reng re hlile re hloka pefo.”
Monghali Laquer hape a lemosa hore ho teng monyetla oa hore likhukhuni li fumane lihlomo tsa “pefo e phahameng,” tseo ka tsona ba ka ripitlang naha kaofela, ho kopanyelletsa le malapa, metsoalle le lira—bohle!
MOLATO OA SEOA KE OFE?
Hlokomela hore setsebi sena se qotsitsoeng ka holimo se bolela hore mehla ena e se nang botho, e khopo ea bokhukhuni e ile ea qaleha ka lebaka la ntoa ea pele ea lefatše. Seoa sa pefo se ile sa tsoela pele ho tloha ka nako eo ho ea pele. Hona ho hlile ho khahla liithuti tsa Bibele haholo, hobane Jesu ka boeena, ha a bua ka ‘pontšo ea ho ba teng ha hae le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho,’ o hlile a bolela ‘qalo ea tlokotsi’ hore ‘sechaba se ne se tla tsohela sechaba se seng matla ’muso o loantše ’muso o mong’—ntoa ka ho feletseng e neng e tla kopela lefatše. Hona, kamoo Jesu a boletseng, ho ne ho tla lateloa ke ‘tlōlo ea molao e phahamang’ le ‘lipontšo tse tšabehang, ha batho ba tlaloa ke tšabo ke tebello ea lintho tse tla tlela lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’—Matt. 24:3, 7, 8, 12; Luka 21:10, 11, 26.
Jesu o ile a supa hore liketsahalo tsena tse tšosang e ne e tla ba karolo ea pontšo ea hore eena, e le “Mor’a motho,” o teng a lutse teroneng ea hae e khanyang maholimong, ho ahlola lichaba le batho ba lefatše, le ho bolaea ba khopo. Ka ho totobetseng, re bile nakong eo ea kahlolo ho tloha seoeng sa bokhukhuni ha se qaleha ka 1914.—Matt. 25:31-33, 41, 46.
Maikutlo a pefo a hlile a etella pele ho tloha ka 1914, a tšoaea lekholo lena la lilemo e le le nyarosang ho feta makholo a lilemo a le etellang pele. Leha ho le joalo, ke ho re khahlang hore e be ho bile le mehla e kang ena ea pefo le matsoalo lilemong tse fetileng tse fetang likete tse ’ne. Hoo ho etsahetse mehleng ea Noe. Bibele e e hlalosa ka mantsoe ana:
“Empa lefatše le ne le bolile pel’a Molimo, ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana. Molimo oa talima lefatše, ’me oa bona hoba le bolile, le hoba nama eohle e sentse mokhoa oa eona lefatšeng.”—Gen. 6:11, 12.
Ba neng ba hlile ba le mabifi morao koo e ne e hlile e le bana ba neng ba entsoe ke barali ba batho le bara ba moea ba sa mameleng ba Molimo, ba ileng ba iphetolela nameng lefatšeng. Bana bana ba ne ba bitsoa “Lifontoane,” hoo [ka Seheberu] ho neng ho bolela “balihi”—“linatla” tse neng li nyarosa batho. (Gen. 6:4) Ba ile ba kenya mehla ea pefo e tšoanang le eo re e bonang kajeno lefatšeng. Moloko oo o khopo o ile oa hana ho mamela temoso ea Noe ka timetso e tlang. Joalokaha Jesu a boletse boprofeteng bo boletsoeng ka holimo, “Ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona.” ’Me Jesu a hlakisa hore ‘ho ba teng ha hae e le Mor’a motho’ ho ne ho tla etsoa ka morero oa ho phethahatsa kahlolo holim’a moloko o khopo bofelong ba lefatše.—Matt. 24:37-39.
LE TLA FELA JOANG?
Mehla ea bokhukhuni ka boeona e tla fihla qetellong ea eona e befileng kamoo ho bontšoang ka ho hlakileng boprofeteng bo bongata ba Bibele. (Jer. 25:31-33; 2 Ba-Thess. 1:7-9; 2 Pet. 3:5-7) Empa hona ho ke ke ha etsahala ka banna ba likhukhuni kapa lichaba tse tla beng li sebelisa lihlomo tsa “pefo e phahameng,” e le hore ba ka senya lefatše kapa likarolo tsa lona. Ho e-na le hoo, ho tla tlisoa ka bohato ba Kreste Jesu, ea ratang batho le ea hlileng a thahasellang ho lopolla barati ba ho loka matsoalong a mehla ea rōna. Ke ka baka leo, kamor’a hore a hlalose ‘tsieleho’ ea lichaba ka baka la matsoalo a mehla ea rona, Jesu a buang mantsoe ana a khothatsang:
“Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lona e tla be e atametse.”—Luka 21:25, 28.
E, ke nako ea hore bohle ba ratang ho loka har’a batho ba hatelletsoeng ba lelatse lihlooho tsa bona ba lebelletse linako tsa thabo tse tlang. E bile tumelo e matla ho Molimo, hammoho le tšepo ea lefatše la paradeise le tsoho ea bafu tse ileng tsa tiisa baromuoa ba tšepahalang nakong ea phihlelo e sisimosang Zaïre. Tumelo lipallong tsa Molimo e ntse e tsoela pele ho tiisa bahlanka ba ineetseng ba Molimo kae le kae moo ba leng teng ka tšebeletso lefatšeng lena le befileng. E se eka le uena e ka u tiisa, ho pholoheng mehla ena ea bokhukhuni ho kena ‘lefatšeng le lecha leo ho lona ho loka ho tlang ho ikahela.’—2 Pet. 3:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a U.S. News & World Report, May 22, 1978, maq. 35, 36.