Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 4/15 maq. 12-17
  • Ho Jara Boima ba Khatello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Jara Boima ba Khatello
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • PHELLO E TEPELETSANG EA HO BONA KHATELLO
  • HO QOBA HO OA
  • Katleho e ka Leka Tumelo ea Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Mohlala o Motle oa Asafe
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Kamoo U ka Hlōlang ho Nyahama Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Jehova o Rata Toka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 4/15 maq. 12-17

Ho Jara Boima ba Khatello

“Tšenyeho le bothata li pel’a ka: hoa omanngoa, ho bo ho tsohe le liphapang. Ka baka leo, molao o robetse, ha ho sa ahloleloa ka ho loka; hobane molotsana o likile ea lokileng, ’me kahlolo ea khopamisoa.”—Hab. 1:3, 4.

1. Moeklesia 1:15 e hlalosa hantle boemo litabeng tsa batho joang?

KHATELLO, bosieo ba toka le khethollo li tloaelehile haholo lefatšeng lena. Liphoso tse ngata ho hang li ke ke tsa lokisoa, ’me likoli litabeng tsa batho ha li na palo. E mong oa babusi ba bohlale ho feta bohle oa mehleng ea khale, Morena Salomone, o itse: “Ho khopameng ho ke ke ha inamoloha, ’me se hlokehang se ke ke sa baloa.”—Moek. 1:15.

PHELLO E TEPELETSANG EA HO BONA KHATELLO

2. Barati ba ho loka ba ’nile ba botsa eng ka linako tse ling, hona hobane’ng?

2 Ka lebaka la kutloisiso ea bona ea khatello, batho ba bangata ba ho fumana ho le thata haholo ho bona hoo ho thoeng ke ho atleha ha ba sa tšepahaleng le ba sa reng letho ka Molimo kapa batho ba bang. Joaloka moprofeta oa Moheberu Habakuke, barati ba bang ba ho loka ka linako tse ling ba ’nile ba botsa: ‘Molimo ha o etse ho hong hobane’ng?’—Hab. 1:2-4.

3. (a) Batho ba bang ba ’nile ba itšoara joang ka ho bonahalang e le nala ea ba khopo? (b) Asafe e ne e le mang? (c) O ile a lumela eng ka nako eitseng bophelong ba hae?

3 Ho bile ho tšoenyang haholo ho bona ho talimana le khatello hoo bahlanka ba bang ba Molimo ba ho fumaneng ba se ba ineetse lipelaelong tse tebileng ka bohlokoa ba bophelo bo khabane. Ke se ileng sa etsahala ka Asafe,a sebini se tsebisahalang sa Molevi pusong ea Morena Davida. O ile a ngola lipina tse neng li sebelisoa ka makholo a mangata a lilemo borapeling ba pontšeng. (2 Likron. 29:30) Hammoho le Hemane le Jeduthune, Asafe ‘o ne a profeta ka liharepa le liviole le licymbala.’ (1 Likron. 25:1) Ka ho totobetseng ho profeta ho joalo ho ne ho akarelletsa ho rorisa ha bona le ho leboha Molimo ha ba ntse ba bina ka liletsa. Joaloka Asafe, Hemane le Jeduthune ba ne ba etsa hona ka boikutlo le matla tse khethollang baprofeta. Ho feta moo, lipolelo tsa bona, tse binoang, li ne li fetisetsa melaetsa ea bohlokoa ho Baiseraele. Kannete, Asafe o ne a ratoa haholo. Leha ho le joalo, nakong eitseng bophelong ba hae, o bile kotsing e khōlō ea moea. Pineng e ’ngoe ea hae e bululetsoeng, Pesaleme ea 73, Asafe o-oa lumela: “Ha e le ’na, leoto la ka le batlile le khopjoa, mehato ea ka e batlile e thella.”—Tem. 2.

4. Ho ea ka Pesaleme ea 73:3-9, Asafe o ile a bona eng eo a e fumaneng e tsielehisa?

4 Asafe o bone eng ee e bileng le phello e thekeselisang hakaale ho eena? Karabelo e fumanoa ka mantsoe a Pesaleme ea 73:3-9. Ha Asafe a lemoha nala ea ba khopo, mōna oa tsoha ka ho eena. Batho ba babe ba ne ba ikhantša ka matlotlo a bona ao ba a fumaneng ka bolotsana. Ho sa tsotellehe ho hloka molao ha bona, ho ne ho bonahala ba atleha. Ponahalo e ka ntle e ne e bontša kahohle hore ba thabela khotso le tšireletseho. Haele hantle, ho sa tsotellehe tsela e mpe eo ba phelang ka eona, “ha ba tsebe matšoenyeho ho isa lefung”; le bophelo ba bona ho bonahala bo felella ka khotso, ho se mahlomola a bohloko a lefu. Ba e-na le lijo tse lekaneng, ’me ho bonahale ba se na bothata bo hlileng bo khethehileng ba bophelo bo khathatsanang le ho thabela ha bona lijo. Mahlo a bona a sa khohlela ke ho haelloa ke lijo empa e ‘rotohile ke mafura.’ Banna bana ba tsoela pele ntle ho lihlong litseleng tsa bona tse khopo. Makoko a bona kapa boiphahamiso li ne li tšoana le mokhabo ho bona, ‘sefaha.’ Liketso tsa bona tse mpe li ne li le ngata hoo ‘li ba aparetseng joale ka kobo.’ Ka linako tsohle ba ne ba apere pefo. Ba atleha manong a bona a khopo, “mehopolo ea pelo tsa bona ea itlhahisa.” Hona ha ba khothalletsa hore ba bue ka mekhoa ea bona ea bolotsana ‘ka lipuo tse phahameng,’ ka mokhoa o makōkō. “Ba phahamisetsa melomo ea bona maholimong, ’me maleme a bona a lelera lefatšeng.” Ba ne ba sa natse mang kapa mang ea leholimong kapa lefatšeng. Maleme a bona a ne a sa tlangoe, ’me melomo ea bona e tsoa se khahlang maleme a bona.

5. Mantsoe a Pesaleme ea 73:10, 11 a bontša joang hore Asafe o ne a se mong phellong e mpe ka ho bona ba khopo ba tsoella ka bobe?

5 Asafe kamoo ho bonahalang o ne a se mong ho ameheng hampe ke seo a se bonang. O tsoela pele a re: “Ke ka baka leo sechaba se retelehetseng ka ’nqa ho bona; se rata ho inoesa metsing a mangata, se re: Na Molimo o ka tseba joang? Mookameli ea phahameng a ka ba le tsebo joang?” (Pes. 73:10, 11) Ha ba nahana kamoo ba khopo ho bonahalang ba tsoella ka bolotsana ba bona, ba lokileng ba fumana hona e le ho tšoenyang haholo. Ba sitoa ho ho ntša likelellong tsa bona. Ba ho hopola ka linako tsohle. Phello ho bona e tšoana leha ba tlameha ho noa mohalakane. Hona ho ba khannela hore ba botse: ‘Molimo o ka mamella lintho tsena joang? Ebe ha o bone se etsahalang?’b

6. Ke eng se ileng sa etsa hore Asafe a nahane hore ho sebeletsa Jehova ke lefeela?

6 Ha a bapisa boemo ba hae le boemo ba nala ba ba khopo, Asafe a re: “Ke feela ha ke hloekisitse pelo ea ka, leha ke hlatsoitse matsoho a ka bosoeung; ke otloa ka matsatsi ’ohle.” (Pes. 73:12-14) Kahoo mopesaleme a hla a qala ho nahana hore ha ho thuse letho ho phela bophelo ba bokhabane. Ha ba khopo ba ntse ba thabela nala, eena o ne a otloa ka mehla. O ne a ikutloa hore Molimo o ne o mo khalemela kapa o mo nyatsa hoseng ho hong le ho hong. Ba khopo, leha ho le joalo, ha bonahala ba tsoella ka bobe bo fetang bohle.

7. Ke eng se bontšang hore mopesaleme o ile a hlokomela phoso ea ho talima tšebeletso ea Molimo e le lefeela?

7 Leha ho le joalo, Asafe a hlokomela hore ho phoso ho eena hore a ka ineela monahano o joalo. A re: “Hola nka re: Ke tla bua joalo, moo e ka b’e le ho eka moloko oa bana ba hao. Eaba kea nahana hore ke utloisise taba tseo, ’me ka fihlela hoba ke mosebetsi o thata.” (Pes. 73:15, 16) E, mopesaleme a hlokomela hore ho talima ha hae tšebeletso e ho Molimo e le lefeela ho ne ho tla bolela hore bonneteng ha a tšepahale ho ba tšepahalang. Joale, hape, hore a ’ne a bolele pontšeng pelaelo ho ne ho ka senya tumelo ea ba bang. Le hoja a ile a leka ho lokisa monahano oa hae, Asafe ho hang o ne a sitoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba khopo ba ka tsoella ka liketso tsa bona tse phoso, ha batho ba lokileng ba hlomohile.

HO QOBA HO OA

8. (a) Mopesaleme o ile a tlameha ho ea hokae ho lokisa monahano oa hae? (b) Re lokela ho etsa joang ha re tšoenyeha ka ho sa lokelang ka lintho tseo re li bonang?

8 Mopesaleme o ile a etsa joang ho lokisa monahano oa hae? Asafe a ea sehalalelong. Har’a barapeli ba bokaneng moo, a tla ananela se boloketsoeng ba khopo. (Pes. 73:17) Ka ho tšoanang, haeba u iphumana u tšoenyehile ke seo u se bonang, batla likarabelo ho ba lekang ho ba ka pelo eohle tšebeletsong ea bona ho Molimo. Asafe o ile a ananela eng? Rea bala: “[Jehova] u mpa u ba beile nqalong tse thellang, ua ba liha, ’me ba senyehile. Ba felile joang hang-hang! Ba timela, ba senyeha, ba oa ba tšohile hampe. Ha e-ba joale ka toro phaphamong, ua ba tsosa joalo, Morena; u entse seriti sa bona ntho feela e senyehileng.”—Pes. 73:18-20.

9. Ho latela Lipesaleme 49:6-12 le 73:18-20, ke eng seo re lokelang ho se ela hloko ka se bonahalang e le nala ea ba khopo?

9 Mantsoe ana a mopesaleme a senola ntlha ea bohlokoa e ka re thusang ho mamella khatello ea tsamaiso ea bonyefoli. Ho bonahalang eka ke katleho ea ba khopo ke ea nakoana. Kaha bophelo ba bona bo likoloha feela matlotlong a silafetseng a bonahalang, ba eme “nqalong tse thellang” ’me neng le neng ba kotsing ea ho utloa ho oa ho tšabehang, ka tšohanyetso ho se le temoso. Haeba ho liehile, lefu le tla ba hlōla botsofaling, ’me molemo oo ba o fumaneng hampe e ke ke ea e-ba molemo oa letho hore ba iphumanele bophelo bo bolelele. (Pes. 49:6-12) Nala ea bona e tla tšoana le toro e fetang ka potlako. Ho ka ba ’na ha etsahala hore toka e ba fumane le pele ba tsofala. Molao o sa fetoheng oa Molimo o ka ’na oa ba tsoa: “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Gal. 6:7) Kaha ba furaletse ea Holimo-limo, Eena feela ea neng a ka ba thusa, matla a feletseng a tlokotsi a tla a ba thumakanya. Ho hang ba sala ba sitoa ho ithusa, ba feletsoe ke tšepo le matšeliso. Ha Jehova a ba futuhela ka tsela eo, o tla talima “seriti” sa bona, makōkō a bona le boemo ba bona ka nyeliso, joaloka ntho e sa tšoaneleheng.

10. Mabapi le ho bonahalang e le katleho ea ba khopo, re lokela ho hopola eng mabapi le morero oa Molimo?

10 Ka baka leo, nakong eo ka eona khatello, ho hloka molao le tlatlapo ho bonahalang li anafala, le ka mohla re se lebale hore ba khopo ho hang ha ba fumane letho. Jehova Molimo o hlokometse se etsahalang, ’me ka linako tsohle o lumella litaba hore li sebetse tumellanong le morero oa hae o moholo. Ka linako tse ling, ha batho ka bomong ba nka tsela e fosahetseng, ’me ba oeloa ke mahlomola ka baka leo, ba hlaphoheloa kelellong ’me ba khutlele ho ’Mōpi ka pako e tiileng. (2 Pet. 3:9) Ka lehlakoreng le leng, ha ba ithatafatsa litseleng tsa bona tse mpe, ho hlakela bohle ba shebelletseng hore ho phethahatsoa ha kahlolo ea Jehova ho bona ho loketse, ho na le toka ka ho feletseng.—Bapisa Ba-Roma 9:14-24.

11. Ke pono efe ea nako e ka re thusang ho emela ka sebete Jehova Molimo hore a otlolle likhatello?

11 Ho rōna, ho ka ’na ha bonahala toka e lieha ho phethahatsoa ho ba lokeloang ke kotlo. Empa ke nako e khutšoanyane haholo mahlong a Molimo oa ka ho sa feleng. Bibele e re: “Lilemo tse sekete mahlong a hao li joale ka tsatsi la maobane, ha le se le fetile.” (Pes. 90:4) Ho bonahala maobane ho bile holelele hakae ho uena kajeno? Mohlomong u bile le letsatsi le lekang haholo, ’me ho ne ho bonahala eka letsatsi leo ha le sa tla fela. Ha joale le fetile, na ha ho bonahale eka letsatsi leo ha lea ka la e-ba teng? Ho ’Mōpi, lilemo tse sekete li joalo, haele hantle, li bile li le khutšoanyane joaloka tebelo ea lihora tse ’ne. Kahoo, nako e pheloang ke motho ea lilemo tse 70 kapa 80 ho hang hase letho mahlong a Molimo: “Re felloa ke lilemo tsa rōna joale ka ha re felloa ke khopolo,” kamoo ho ngolileng moprofeta Moshe. (Pes. 90:9) E, bophelo ba rōna bo bokhutšoanyane bo ka tšoantšoa le phefumoloho ea rōna e fetang e sa utloahale. Ha re nahana hore Jehova Molimo o tšepisa hore o tla nea bahlanka ba hae ba tšepahalang thabo ea ka ho sa feleng ba phela ka khotso le tšireletseho, le bophelo ba mahlomola a fetisisang hase letho ho hang. Pono ena e ka re thusa hore re be sebete ha re tšoenngoa ke hore re talimane le khatello, tlatlapo le ho sekisetsoa.

12. (a) Khang ea Satane ke efe ka batho? (b) Hona ho ka re thusa joang ho jara boima ba khatello?

12 Ho na le lebaka le leng le kenang tabeng. Sera se seholo sa batho, Satane Diabolose, o nka hore ba sebeletsang Molimo ba susumetsoa ke boithati. Hona ho totobatsoa ke qoso eo Satane a ileng a e etsa ka Jobo, a re: “Tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka li ntšetsa bophelo ba hae. U mpe u otlolle letsoho la hao joale, u ame masapo a hae le nama ea hae, ’me u bone ha a ke ke a u rohaka pepeneneng.” (Jobo 2:4, 5) Kahoo, ka hore re lule re tšepahetse ho Molimo har’a likhatello, re ka bonahatsa tšusumetso e loketseng ea lipelo tsa rōna, joaloka Jobo.

13. Re ka qoba ho nka bohato ka maemo a seng monate ka mokhoa o hlalositsoeng ho Pesaleme 73:21, 22 joang?

13 Haeba rōna ka bōrōna re babolauoa ba khatello ka lebaka la khethollo kapa la ho hana ha rōna ho kena lipolotiking, re hlokomele hore re se ke ra itšoara ho lumelleng ha Molimo khatello feela motheong oa boikutlo ba botho joaloka phoofolo e sa tsebeng ho bea mabaka. Hona ho ka re halefisa botebong ba rōna le ho se tsitsise monahano oa rōna, ho re etsa hore re talime lintho ka pono eo e leng ea rōna ho hang ’me re foufalla morero oa Molimo. Ke se ileng sa etsahalla Asafe. O-oa lumela, a re: “Enere ha pelo ea ka e ntse e tlokoma, ke utloa tsenene e hlaba lethekeng la ka, ke ne ke le letlaopa le sa tsebeng letho, ke ne ke le joale ka phoofolo pel’a hao.”—Pes. 73:21, 22.

14. Ke kamano efe eo re lokelang ho loanela ho e sireletsa?

14 Ho sa tsotellehe hore na rōna ka bōrōna re ka talimana le eng, re lokela ho loanela ka thata ho sireletsa kamano ea rōna le Jehova Molimo, kaha ke eena ea tla re phahamisa. Ke sona se ileng sa ananeloa ke mopesaleme. Rea bala: “Empa joale ke ntse ke u khomarela, u ntataise ka letsoho la ka le letona. U tla ntsamaisa ka keletso ea hao, ’me qetellong u ntholle khanyeng ea hao. Ke na le mang maholimong ha e se uena? Kantle ho uena ha ke khahlisoe ke letho lefatšeng. Nama ea ka le pelo ea ka li ntse li fela; lefika la pelo ea ka le kabelo ea ka ke Molimo, ka ho sa eeng kae! Hobane ba u koenehelang ba tla fela. U timetsa bohle ba eang ho itšilafaletsa hole le uena. Empa ha e le ’na, ho ba haufi le Molimo, ke molemo ho ’na; ke beile setšabelo sa ka ho Morena Jehova, ke tle ke tsebe ho bolela mesebetsi ea hao kaofela.”—Pes. 73:23-28.

15. Jehova o tla re isa khanyeng joang?

15 Re ke re hopole hore tlas’a maemo leha e le afe Jehova Molimo a ke ke a re lahla haeba re lula re tšepahetse ho eena. O na le rōna ka mehla. Ea Holimo-limo o tla re tšoara ka letsoho, ho re tsamaisa le ho re tšehetsa. Keletso kapa temoso ea Jehova e tla ba tataiso ea rōna ho ea bokamosong bo sireletsehileng le bo thabileng. Le hoja re ka ’na ra kokobetsoa ka nakoana, Jehova o tla phetetsa le ho re isa khanyeng kapa hlonephong. Ho tšoana le Asafe, ha re na e mong haese Ntate oa rōna oa leholimo eo re ka itšetlehang ka eena bakeng sa matšeliso.

16. (a) Ke ka kutloisiso efe Molimo e leng lefika la pelo ea motho? (b) Jehova e ka ba “kabelo” ea rōna joang? (c) Re lokela ho tsekella ho etsa joang mabapi le mesebetsi e hlollang ea Jehova?

16 Ho ba ha rōna boemong bo amohelehang ka pel’a Jehova e lokela hore e be thabo e khōlō ea rōna. Le haeba ’mele ea rōna le lipelo tsa rōna li ka ema, Jehova o tla re matlafatsa. O tla tsitsisa lipelo tsa rōna e le hore re se ke ra felloa ke tšepo le khothalo har’a maima. Kannete, tokelo ea ho thabela ho ba haufi le Ntate oa rōna oa leholimo le ho tseba ho mo sebeletsa ke karolo e thabisang ka ho fetisisa, letlotlo le se nang theko. Le ka mohla re se le tlohele la pholoha, kaha hoo ho tla bolela tlokotsi bakeng sa rōna, hammoho le bohle ba tlohelang Jehova. Joaloka mopesaleme, re ke re atamele haufi le Jehova, re ipea paballong ea hae. Hona ho hotle, kaha ho tla ntšetsa pele thabo le katleho ea rōna. Ho feta moo, re ke re bolele mesebetsi e hlollang ea Jehova ho ba bang, kahoo re matlafatsa leha e le bafe ba nang le lipelaelo.

17. Ntlha ea bohlokoa bophelong ba rōna e lokela e be efe, ’me e tla re thusa joang ho mamelleng likhatello?

17 Kannete, rōna kajeno re ka fumana molemo o moholo ka se ngoliloeng ke mopesaleme ka phihlelo ea hae. Le hoja likhatello tse bonoang tsamaisong ena li ka ’na tsa tšoenya, re ka jara boima bona ka katleho ka ho tsitsisa bophelo ba rōna ho potoloha tšebeletsong ea Molimo. Ha re etsa joalo, moputso oa rōna o tiile. (Ba-Heb. 6:10) Haele hantle, moputso o tla ba moholo hoo, ha ho bapisoa, teko leha e le efe kapa mahlomola tseo mohlomong re tlamehang ho talimana le tsona ‘li tla ba chatsi ebe tsa motsotsoana.’—2 Ba-Kor. 4:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso “Asafe” le hlaha sehloohong sa Pesaleme ea 50 le Lipesaleme tsa 73 le ho ea ho 83. Kaha Lipesaleme tsa 79 le 80 li bolela liketsahalo tse etsahetseng kamorao ho nako ea sebini sa Molevi Asafe, tse ling ho lipesaleme tsena li tlameha ebe li ngotsoe ke bana ba hae. Kahoo, lebitso “Asafe” ka ho totobetseng le ka utloisisoa e le le nkang leloko lohle la bana ba qalileng ka eena. Ho se letho le supang ho se fuperoeng ke Pesaleme ea 73 hore ke ea nakong ea pelenyana, re ka ’na ra fihlela qeto ea hore mongoli e ne e le sebini sa Molevi ka boeena, ea phetseng mehleng ea Morena Davida.

b Temana ea Seheberu hape e ka utloisisoa ka kutloisiso e fapaneng. Kaha ea khopo ho bonahala a atleha, ba bang har’a bahlanka ba Molimo ba ile ba nka monahano o silafetseng. Ba khutlela monahanong o le mong le boemong bo le bong le motho e mobe. Ba khelositsoeng joalo, ha e le hantle, ba re: ‘Molimo ha o bone se etsahalang. O ke ke oa etsa letho ka bobe.’

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Thabo eo le batho ba silafetseng ho bonahalang ba e fumana bophelong e hlahisa potso: Na ho phela ka bokhabane hoa tšoaneleha?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela