Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 4/15 maq. 17-22
  • Bohloko bo ka u Etsetsang Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohloko bo ka u Etsetsang Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOFUTA OA TAEO E MOLEMO
  • MELEMO E TLISOANG KE BOHLOKO
  • KAMOO HO KA MAMELLOANG
  • Ho Utloisisa Morero oa Taeo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na U ka Amohela Khalemelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Khalemelo e Bontša Hore Jehova oa re Rata
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Jehova o re Khalemela Hobane a re Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 4/15 maq. 17-22

Bohloko bo ka u Etsetsang Molemo

“Ke sona seo le se thabelang haholo, leha empa joale le sa ntse le hlomohile ke meleko e mengata, leha empa e le ka motsotso o mokhutšoanyane kamoo ho le tšoanetseng; hore tumelo ea lōna, ha e se e lekiloe, e leng e fetisang hole gauda e timelang, athe le eona e ee e lekoe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le khanya, mohla Jesu Kreste a hlahang.”—1 Pet. 1:6, 7.

1. Bakreste ba ile ba talimana le tšoaro efe e mpe mehleng ea phutheho ea pele?

BA NE ba tšehuoa, ba shapuoa le ho kenngoa chankaneng. Matlo a bona a ne a futuheloa ’me thepa ea bona e tlatlapuoa. Metsoalle e meng ea bona le beng ka bona ba tšepahalang ba timela matsohong a matšoele a halefileng kapa ba ahloleloa lefu ka taelo ea lekhotla. Ho se bobe boo ba bo entseng bo etsang hore tšoaro e joalo e sehlōhō e tšoanelehe. Ba ne ba phela ka mokhoa o beang mohlala ’me ba e-na le lerato la ’nete ho batho ba kang bona. Empa ba hlouoa ke ba bangata. Hobane’ng? Hobane e ne e le barutuoa ba Jesu Kreste.—Lik. 8:1-3; Ba-Heb. 10:32-34.

MOFUTA OA TAEO E MOLEMO

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha Bajode ba itseng ba entsoeng Bakreste ba ne ba khathala peisong ea bophelo? (b) Ba ne ba lebetse eng?

2 Na bohloko bo sisimosang boo Bakreste ba fetileng tlas’a bona bo ne bo le molemo? Motho a ka ’na a potlakela ho arabela ka hore, Che. Bibele, leha ho le joalo, e bea taba ea hore motho o tlameha ho feta tšoarong e mpe e le ntho e molemo ka ho fetisisa. Bajode ba neng ba entsoe Bakreste lekholong la pele la lilemo ba ile ba bolelloa hore: “Ha le e-so ho loane, mali a ba a hlaha, ntoeng eo le e loanang le sebe. ’Me le lebetse khothatso ea Molimo kamoo o buang le lōna, ka ho re, le bana ba oona, ha o re: Mora oa ka, se nyatse taeo ea Morena, ’me u se ke ua tepella ha u khalemeloa ke eena; hobane Morena o ee a laee eo a mo ratang, ’me a shape mora e mong le e mong eo a mo amohelang.”—Ba-Heb. 12:4-6.

3 Khanyetso e neng e tobisitse ho Bajode ba fetohileng Bakreste e ne e le matla ruri. Empa ntoa ea bona khahlanong le sebe se tšoasang feela—ho felloa ke tumelo—e ne e sa fihla ntlheng eo ho eona mali a bona a tšolohileng. Mohlomong ba bangata ho bona ba ne ba se ka pelo eohle peisong ea bophelo ’me kahoo ba sa loantšane le sebe sena ka tsela e neng e hlokahala ho bona hore ba atlehe ‘hore ba e loane ho fihlela mali a tšoloha.’ Ba ne ba khathala ke ho tlameha ho talimana le lithohako tsa batho ba banyefoli. (Ba-Heb. 12:3) Ba hlōleha ho hlokomela hore tšoaro e sehlōhō e tsoang ho bahanyetsi e ne e sebeletsa e le taeo e tsoang ho Jehova ’me e tiisa hore o ba rata ka mokhoa o tebileng joaloka bara ba hae. Ba ne ba lebetse khothatso ea Mangolo e fumanoang ho Liproverbia 3:11, 12. Le hōlisa tšebeliso ea litemana tsena, lengolo la Baheberu le tsoela pele, le re:

“Ekare ha le mamella ho lauoa, Molimo o le etsa joale ka bara ba oona, hobane ke ofe mora eo ntat’ae a sa mo laeeng? Ha le ke ke la lauoa, e leng hoo bohle ba nang le kabelo teng, ke ha le mpa le le bana ba bonyatsi, e seng bara ba sebele. ’Me ha esitile bontat’a rōna ka nama ba re laile, ’me re ba hlonephile, na haholo-holo re ke ke ra utloa eo e leng Ntat’a meea, re tle re phele na? Athe bao ba re laile ka litšiu li se kae, kamoo ba neng ba bona tšoanelo; empa Morena o re laea ho re batlela molemo, re tle re be le kabelo khalalelong ea hae. Empa taeo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; ea mo llisa; empa hamorao, ba rutoang ka eona e ba kotulisa khotsong litholoana tsa ho loka.”—Ba-Heb. 12:7-11.

4. Re lokela ho talima tšoaro e mpe eo re ka e etsetsoang ke batho joang?

4 Tumellanong le keletso ena e bululetsoeng, Bakreste ba lokela ho talima bohloko boo Jehova Molimo a lumellang hore bo ba oele holimo joang? Re lokela ho bo nka e le mokhoa oa taeo kapa thuto eo re e neoang ke Ntate oa rōna ea re ratang ka ho tebileng le ea khahlehelang boiketlo ba rōna ba ka ho sa feleng. ’Nete ea hore ho fumanoa khalemelo e joalo ho paka ka mokhoa o ke keng oa latoloa hore re tšoaroa joaloka bana e seng joaloka bana ba matšeo ba sa batluoeng le ba sa ratuoeng. Kaha Jehova Molimo o lumella Bakreste hore ba utloe tšoaro ena e fetisisang, re lokela ho ikokobeletsa eona ka bonolo. Hona hape ho lumellana le keletso ea moapostola Petrose, e reng: “Le ke le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla la Molimo, o tle o le phahamise nakong e tšoanelang. Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lōna holim’a oona; hobane oa le hlokomela.”—1 Pet. 5:6, 7.

5. Ke hobane’ng ha ho nepahetse ho amohela taeo e tlang e le tšoaro e mpe?

5 Ke ho nepahetseng feela hore re amohele taeo ena re sa e hanyetse, re sa batle hore re tsoe ka tlas’a letsoho la Molimo. Monna ea ratang le ea amehileng ka bana ba hae o tla ba laea ha a bona hore hoa hlokahala hore a etse joalo. A sa phethahala, a ka ’na a loba litaba. Kahoo, ho ‘khalemeleng kamoo a bonang ho lokile ho eena,’ mohlomong e ke ke ea e-ba ka mehla a etsang se nepahetseng le se molemo ‘matsatsing a manyenyane’ a bongoana ba bona. Leha ho le joalo ntate ea joalo o bontšoa hlonepho ke bana ba mo ratang. Hona ke ho loketseng ka sebele, kaha ba kolota bophelo ho eena. Ka lehlakoreng le leng, ha ho mohla Jehova Molimo a etsang liphoso, ’me o ikarabella ho ho hoholo ho feta hore ebe rea phela. Ea Holimo-limo, ho latela Segerike sa sebele sa Ba-Heberu 12:9, o bitsoa “Ntat’a meea,” ka ho totobetseng ho bontša hore o ikarabella bakeng sa bophelo ba moea ba Bakreste haesita le bophelo ba bona bo sa feleng. Kannete, he, ho bile ho na le lebaka le matla haholo la ho ikokobeletsa taeo ea Ntate oa leholimo ho feta ho hlonepha ntate ea sa phethahalang oa lefatšeng.

MELEMO E TLISOANG KE BOHLOKO

6. Mahlomola a ka re thusa ho ba le kabelo khalalelong ea Molimo joang?

6 Ho feta moo, taeo e tlang e le bohloko kamehla e fumantša ho hong kapa e molemo ho bahlanka ba Molimo. E ka ba le phello e hloekisang, e senola likoli tsa botho tse lokelang ho lokisoa. Tsena li ka ’na tsa akarelletsa boikhohomoso, manganga, ho hloka mamello, boithati, bolefatše le lerato la boiketlo le monyaka. Ha Mokreste a ntlafatsa ka mokhoa o hlokahalang, o hloeka kapa o halalela haholoanyane boitšoarong ba hae. Ka ‘ho halalela joale ka ha Jehova Molimo a halalela,’ o ba le ‘kabelo khalalelong ea Molimo.’ (1 Pet. 1:14-16) Kahoo, sepheo sa taeo sea hlokomeloa.

7. Joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea Jesu Kreste, ho ka ithutoa eng ka hloreho? (Ba-Heb. 5:8)

7 Ka ho hlomoha motho mohlomong a ka ba a ithuta le lintho tse ka mo hlomellang hamolemo tšebeletsong ea Molimo. Hona ho bontšoa tabeng ea Jesu Kreste. Ka ho tlameha ho kena mahlomoleng a fetisisang nameng, o ile a fumana phihlelo e hlokalang hore e be moprista e moholo ea utloelang bohloko le ea mohau. Hona ho nolofalitse hore re ka atamela Molimo ka Kreste ka puo e lokolohileng ka ho fetisisa, re kholoa hore Jesu o utloisisa boemo ba rōna ’me o tla re buella e le moprista e moholo.—Ba-Heb. 4:15, 16.

8, 9. Joalokaha ho bontšitsoe ho Ba-Heberu 12:11, nako ea taeo e tlisoang ka tšoaro e mpe e ka re ama joang ha e ntse e tsoela pele leha e fetile?

8 Koana, tšoaro e mpe e ka ’na ea e-ba thata haholo ho e mamella. Ka sebele ho ke ke ha e-ba teng boikutlo ba thabo kapa tlhasimoloho ka ho kena bohlokong bo fetisisang. Phihlelo ke e bohloko ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, ha re ikokobeletsa eona, ’me re e lumella hore e re thuse hore re bone hore na re tlameha ho ntlafatsa hokae, teko e ka ba thuto e ntle bakeng sa rōna. Tholoana ea ho qetela ea thuto e joalo e tla ba “kotulisa khotsong, litholoana tsa ho loka.” Kapa, joalokaha James Moffatt a ngola mantsoe a Ba-Heberu 12:11: “Taeo ka mehla ka nakoana e bonahala e le ntho e bohloko, e seng ea thabo; empa ba rutoang ka eona ba kotula tholoana tsa eona hamorao ka khotso le bophelo bo khabane.”

9 E ka ’na ea e-ba hore u tlameha ho ananela phello e molemo eo taeo e joalo e ka bang le eona ho kopaneng le baena le likhaitseli ba tšepahalang ba Bakreste. Ba fetile ka mohlomong lilemong tsa teko tlas’a bahatelli ba bo-mmampoli kapa likampong tsa mahloriso le lichankaneng. Hangata, leha ho le joalo, botšepehi ba bona ke bona bo khanyang bothong bohle ba bona. Motho o hlokomela hore o har’a bao tumelo ea bona e ileng ea bopuoa ke taeo, ’me pontšo e bonolo le e thabileng ea tumelo eo e ka ba pululelo ho ba bang hore ba tsamaee ka botšepehi bo joalo.

10. Re lokela ho ba le pono efe ka teko ea mofuta leha e le ofe, ’me ke lipotso life tse ka botsoang?

10 Kahoo, ha re fihlela teko leha e le efe—ho kula, masoabi, khatello, tlokotsi kapa mahloriso—re e talime e le taeo e tsoang ho Ntate ea lerato oa leholimo ’me re lumelle teko hore ebe le phello e ntle ho rōna, e re etse bahlanka ba molemo ba hae. Empa re ka lula re tšepahetse joang ha re mamelletse bohloko e le hore re tle re fumane molemo thutong hamorao?

KAMOO HO KA MAMELLOANG

11. Ke keletso efe ea morutuoa Jakobo eo re lokelang ho e latela ha re le tlas’a teko?

11 Ke habohlokoa haholo hore re talime ho Jehova Molimo hore a re fe bohlale ba ho sebetsana le maemo a lekang. Re ipiletse ho eena bakeng sa thuso, hose mohla re belaelang hore na o tla re thusa ka moea oa hae o halalelang. Hlokomela keletso e ntle eo morutuoa Jakobo a faneng ka eona mona:

“Banab’eso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlaheloa ke meleko e mengata; le ntse le tseba hobane ho lekoa ha tumelo ea lōna ho hlahisa mamello; ’me mamello e ka khona e phethehe tšebetsong ea eona, le tle le be ba phethehileng, ba hōlileng ruri, bao ho sa hlokoeng letho ho bona. Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e khōlō, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa. Feela, a kōpe ka tumelo, a se ke a lika-lika; hobane motho ea lika-likang o joale ka leqhubu la leoatle le tsukutloang, le akheloang hohle ke moea. Ea joalo a se ke a tšepa hobane a ka neoa letho ke Morena. Ke motho ea pelo tse peli, ea lika-likang metsamaong ea hae eohle.”—Jak. 1:2-8.

12. Re ithuta eng ka Ba-Heberu 5:7?

12 Jesu Kreste ka ho tiileng o ile a bea mohlala o fetisisang ho itšetleheng ka Ntate oa hae oa leholimo. Le hoja a ne a phethahetse, Jesu o ile a rapela ka matla a maholo ha a ntse a le mahlomoleng. Bibele e ea tlaleha, e re: ‘Ke Jesu eo, mehleng ea nama ea hae, ea kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokho, merapelo ea hae e bohloko ho ea neng a ka tseba ho mo loela lefung; ’me a utluoa ka baka la borapeli ba hae.’ (Ba-Heb. 5:7) Kaha Jesu o ne a e-na le tšabo ea bomolimo, Ntate oa hae o ile a mamela mehoo ea hae ea hore a thusoe ka mohau. Mora oa Molimo, ka thuso ea moea o halalelang, a boloka botšepehi ’me, ka baka leo, a shoa e le ea amoheloang ke Ntate oa hae. Joale a lokolloa litlamong tsa lefu ka tsoho.

13. Ho ea ka Ba-Heberu 12:2, ke eng se ileng sa thusa Jesu Kreste ho lula a tšepahetse tlas’a mahlomola?

13 Lebaka le leng le ileng la thusa Jesu Kreste ho lula a tšepahetse ke hore ka pel’a hae ka mehla a bee moputso o moholo o neng o tšoeroe ke Ntate oa hae. Ho Ba-Heberu 12:2 moputso ona ka ho totobetseng o boleloa e le “thabo.” Rea bala: “Ea mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsoeng, a sa kang a re letho ka lihlong, a ba a ea lula letsohong le letona la terone ea Molimo.” Le rōna, ka ho talima moputsong oa bophelo bo sa feleng le mahlohonolo a tsamaeang le oona, re ka lula re tšepahetse tlas’a teko. Joaloka moputso o beiloeng qetellong ea mola oa peiso, moputso ona o ka re susumelletsa hore re titime peisong ea bophelo ka mamello, re tlosa litakatso leha e le life tse fosahetseng tse ka senyang tumelo ea rōna.—Ba-Heb. 12:1.

14. Ha re le boemong bo tsielehisang, mantsoe a Lillo 3:20, 21 a ka re khothatsa joang?

14 Ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna e ba bo tsielehileng hakae, re se ke ra itlohella hore re qale ho ba le monahano oa hore Ea Holimo-limo ha a re tsotelle. Ha re talimane le mathata a maholo, mantsoe a Lillo 3:20, 21 ekaba matšeliso a sebele ho rōna: “Ke ntse ke ikhopotsa, ’me [moea oa Jehova o tla hopola ’me o theohele ho ’na ka boikokobetso]. Ke tsona tseo ke ntseng ke li losa pelong ea ka; ka baka leo ke tla ’ne ke tšepe.” (bapisa le NW) Pontšong ea boikokobetso boo e leng ba hae, Jehova Molimo o tla ‘theoha’ kapa a inamele fatše ho re ela hloko ka mohau. O tla re phahamisa boemong ba rōna ba mahlomola, joalokaha a ile a etsa Bajode ba bakileng lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. Leha ho le joalo, le hoja nako ea mahlomola e ntse e tsoela pele, ka sebete le ka tumelo e sa thekeseleng re emele Jehova Molimo hore a nke bohato lebitsong la rōna.

15. Ho ea ka Lillo 3:22, 23, ke eng se bontšoang ke ’nete ea hore re sa phela?

15 Eona ’nete ea hore re sa phela ke bopaki ba mosa o lerato oa Molimo, kameho ea hae e sebetsang ka qenehelo. Hona ho sebeletsa e le tiiso ea hore Ea Holimolimo o tla bontša batho ba hlomohileng ba hae mohau. Joalokaha ho Lillo 3:22, 23 re bala hore: “Ke mehauhelo ea Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau oa hae ha o fele; e ’ne e be teng ka hosasa ho hong le ho hong. Botšepehi ba hae bo boholo.”

16. Ke hobane’ng re ka itšetlehang ka mohau oa Jehova?

16 Kaha botšepehi ba Jehova, ho tšepahala ha hae, ho hoholo, re ka itšetleha ka mohau oa hae. Lipontšo tsa mohau oa bomolimo kapa qenehelo ho rōna ha ho mohla li tla fokola kapa e be tse sa sebetseng. Mehau ea Jehova e ‘ntse e le teng hoseng ho hong le ho hong,’ ka linako tsohle e fumaneha ka matla a feletseng ho bahlanka ba tšepahalang ba hae. Ka lebaka lena, re ka tiisa hore Ea matla ’ohle o bona ho tepella ha rōna le hore ka qenehelo o tla re fa thuso e hlokahalang.

17. Re lokela ho itšoara joang ha re jarisoa joko ea taeo?

17 Leha ho le joalo, haeba a lumella hore re jarisoe joko ea taeo, re tšoanela ho e amohela re sa belaele ’me re se ke ra phatlalatsa likhathatso tsa rōna: Lillo 3:28, 29 e khothalletsa hore: “A ke a itulele a ’notši, a ikhutsetse mohla Molimo o mo laeang; a ke a bee molomo oa hae lerōleng,” a lule a otlile ka phatla fatše ka boikutlo ba ho ikokobetsa ka ho feletseng.

18. Jehova o talima tsieleho eo bahlanka ba hae ba tlamehang ho e jara joang?

18 Hajoale re ka tšelisoa ke ’nete ea hore teko empa e le ea nakoana feela le hore Jehova Molimo ha a thabisoe ke hore re kene tsietsing: “Morena [Jehova] a ke ke a lahla ka ho sa feleng,” kamoo ho bolelang Bibele. “Leha a hlomolisa, le hona o utloela motho bohloko ka bongata ba mehauhela ea hae. Hobane pelo ea hae ha e rate ho utloisa bohloko le ho hlomolisa bana ba batho.” (Lillo 3:31-33) Ho e-na le hoo, ke Jehova ea rerang hore thuto eo re e fumanang ka mahlomola e re fumanele boiketlo ba ka ho sa feleng.

19. Ke hobane’ng ha tumello ea Jehova ea khatello le mahlomola e sa mo hlahise hampe?

19 Bao ba ikarabellang ka ho thatafalletsa bahlanka ba Molimo bophelo, leha ho le joalo, ha ba tšoareloe tsela ea bona ea lehloeo. Hape, tumello ea Jehova ea tšoaro ena e mpe ha e mo hlahise hampe. Hobane’ng? Hobane, le hoja a lumella tšoaro e mpe e le hore e ka ba le phello e molemo ho batho ba hae, ha a tšehetse hore motho e mong a etse motho e mong hampe. Lentsoe la hae le tsoa tšoaro e joalo. Bibele e ea re bollela: “Ha ba hata ba holehiloeng bohle ba lefatše ka maoto a bona, ha ba sekamisa ho loka ha motho, pontšeng ho Mookameli ea phahameng, ha ba khohlisa motho nyeoeng ea hae, [ha ho mohla Morena a lumellang lintho tse joalo].” (Lillo 3:34-36, bapisa le New English Bible) Batho ba hlokofatsang batho ba bang ba tla ikarabella ho Jehova Molimo. “Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena [Jehova].” (Ba-Roma 12:19) Ka baka leo, re tlameha ho ba hlokolosi hore re se ke ra halefela ea Matla ’ohle bakeng sa bobe bo etsoang ke batho ba sa reng letho ka molao oa bomolimo.

20. Litaba tse hlomolang ka ho fetisisa tsa mahlomola a batho ha lia lokela ho re bakela ho etsa joang, hona hobane’ng?

20 Ka linako tse ling maemo ao bahlanka ba Molimo ba bang tlas’a oona ka baka la ho kula, likotsi kapa tšoaro e mpe ke a otlang pelo kannete. Lipelo tsa rōna li ka ’na tsa susumetsoa ke boikutlo bo tebileng ho lifofu, lihlotsa, lihole le likulane. Hona ho loketse. Empa le ka mohla, che, le ka mohla, mahlomola leha a ka ba mabe joang kapa joang a batho a se re etse hore re furalle Jehova Molimo. Ke eena feela ea ka etsollang kotsi eohle e oetseng batho ka sebe le ho se phethahale. Hlokomela se ileng sa boleloa ke Jesu Kreste mabapi le monna ea neng a tsoetsoe a foufetse: “Empa e le hore mesebetsi ea Molimo e bonahatsoe ka eena.” (Joh. 9:3) Ho tla tlisetsa Ea Holimo-limo tlotla e kaakang ha mahlo a lifofu a tutubuloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li thiboloha, leha lihlotsa li tsamaea, li tlola li matha! (Tšen. 21:3-5) Hoja mahlomola a joalo a ne a sa ka a e-ba teng, ho ne ho se mohla re tla tseba lintho tse khōlō tseo Jehova Molimo a ka li etsetsang batho. ’Me, ka baka la moputso oa bophelo bo sa feleng, mahlomola a batho tsamaisong ena ea lintho a ke ke a bolela letho. Ho tla itšoanela leha a sa ka a e-ba teng ho hang.

21. (a) Mahlomola a tla re fumantša molemo neng? (b) Re lokela ho ba le eng hore re fumane molemo ha ho se monate?

21 Haeba mahlomola ao re sa ntsaneng re tla kena ho oona a tla re etsa hore re be mohau haholo, re qenehele haholo le ho utloela batho ba bang bohloko ’me a ka fella ka hore re lumellane haholoanyane le litlhokahalo tse lokileng tse beiloeng ka Bibeleng, taeo ea mofuta ona ruri e tla sebeletsa morero o molemo. Hore ho be joalo, re tlameha ho tšepa ka matla Ntat’a rōna oa leholimo joalokaha ngoana e monyenyane a tšepa ntate oa hae oa lefatšeng. Re hloka tumelo e sa sisinyeheng hore le haeba Jehova Molimo a ka lumella hore re oeloe ke eng kapa eng qetellong e tla sebeletsa boiketlo le thabo ea rōna ea ka ho sa feleng. Ese eka rōna, ka baka leo, ka linako tsohle re ka bea ka pel’a rōna mantsoe a Ba-Roma 8:28, a reng: ‘Lintho tsohle li sebelisana hammoho molemong oa ba ratang Molimo.’

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

“Taeo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela