Ho Tsoa Sekolong sa Boruti ho ea ‘Bopula-malibohong’
“Ke tsoa lelapeng le keneng Bok’hatholikeng ka ho tebileng ’me ke ile ka romeloa ho ea ithutela boprista. Sekolong sa ho ithutela boruti re ne re etsa likano tsa ho ba ba hloekileng, ho ba bafumanehi le ho ba ba ikokobelitseng empa ke ile ka hlokomela hore lintho tsena li ne li sa bolele letho le hore ba bangata ba ne ba jana maotoana. Ha monna e mong a ne a leka ho ntšoenya ka sena, ke ile ka tsoa sekolong seo sa boruti. ’Me joale ke ile ka qala ho phela bophelo ba boitšoaro bo hlephileng. Ke ne ke le naheng ea Latin-America ’me ka qala ho ba morekisi ea sa lumelloang oa lithethefatsi, joala, koae le libetsa. Ke ile ka ea teronkong ka makhetlo a mangatanyana. Qetellong, ke ile ka qalisa khoebo Puerto Rico ’me ka leka ho fetola bophelo ba ka, empa ka baka la botahoa ka jeoa ke setoko khoebong ea ka. Qetellong, ke le boemong bo feletsoeng ke tšepo ke ile ka kopa thuso ho Molimo. Ke ile ka kopa motho oa [kereke ea] Pentekonta hore a nthuse, empa o ile a mpolella hore ke tle kerekeng ’me ke tla amohela moea o halalelang.
“Ke ile ka qalisa khoebo e ’ngoe ’me ka fumana monna e mong ea a neng a tla sebelisana le ’na. Ke ile ka ’motsa hore na ke oa bolumeli bofe ’me a mpolella hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Li tloha fatše feela ke ile ka mo kopa hore a nthuse hore ke ithute Bibele. O ile a tla lehaeng la ka ’me ra ithuta Bibele ho qala ka 2:00 p.m. ho ea ho 5:00 p.m. ka Sontaha se le seng. Ke ile ka mo kopa hore a se ke a mpolella hore ke tle kerekeng ea hae, hobane ke ne ke sa khahlehele likereke. O ile a tšepisa hore o tla hlompha seo ke se boletseng. Mantsiboeeng ao ke ile ka qala ho bala buka eo re neng re ithuta eona ’me ka 12:00 bosiuhare ke ha ke se ke e qetile. Letsatsing le latelang ha Paki eo e ne e e-tla mosebetsing ke ile ka mo kopa hore a ee le ’na kerekeng ea hae. O ile a makala haholo, koana, ke ile ka mo bolella hore ke ile ka bala buka eane ’me ke batla ho ea bona seboka sa bona hore ke tle ke bone hore seo ke se balileng ke ’nete na. Ke ile ka ea sebokeng ’me ke ile ka ameha haholo. Ha ke e-tla hae ke ile ka bolella mosali oa ka hore a ntokisetse liaparo tse ntle tse hloekileng, le tse leng makhethe hobane ke batla ho khutlela hape sebokeng empa ke batla ho apara joaloka batho bohle ba leng moo. . . . Hona joale khoebo ea ka e tsoela pele hantle, ke lefile melato ea ka, ke pula-maliboho ea thusang, ea bolellang batho ba bang kamehla ka ’muso oa Molimo, ’me ke ntse ke lokisetsa ho kenela mosebetsi oa bopula-maliboho ba nako e tletseng.”—E nehetsoe.