Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Timothea oa Pele 6:15, 16 e bolela “eena ea ’notši ea nang le ho se shoe.” Ke hobane’ng ha e sebelisetsoa Jesu ho e-na le Jehova?
Litemana tsena li baleha tjena: “eo ponahalo ea hae e tlang ho hlahisoa nakong ea teng ke eo e leng ea lehlohonolo, ea matla a ’notši, ’Musi oa babusi le Morena oa marena, e leng eena a ’notši ea nang le ho se shoe, ea ikahetseng leseling le sa atameloeng, eo ho seng le a mong ho batho ea kileng a ’mona, eo ho seng ea ka ’monang, eo hlompho le matla a sa feleng e leng tsa hae. Amen!”—1 Tim. 6:15, 16.
Batho ba bangata ba ’nile ba nahana hore mantsoe ana a hlalosa Jehova. Hoo hoa utloahala, kaha bongata ba lintho tseo li ka boleloa ka Molimo, eena “Morena ea se nang ho fela,” “ea sa shoeng,” “Molimo o thabileng” le “Morena oa marena.” (1 Tim. 1:11, 17; Deut. 10:17) Hape, ha ho motho ea ka mo bonang le ea kileng a mo bona. (Ex. 33:20) Leha ho le joalo, ha Pauluse a ne a ngola 1 Timothea 6:15, 16, o ne a ke ke a bolela hore Jehova ke eena a le mong ea nang le ho se shoe, kaha Jesu o ile a neoa ho se shoe tsohong.—1 Ba-Kor. 15:50-54; Ba-Heb. 7:16; Ba-Roma 6:9.
Tlahloso e ho 1 Timothea 6:15, 16, leha ho le joalo, e tšoanela Jesu, eo e leng “lehlaseli la khanya ea [Jehova Molimo], le setšoantšo sa boleng ba oona.” (Ba-Heb. 1:3; Ba-Kol. 1:15) Hoba Jesu a tsohe le ho nyolohela leholimong, o ‘lula leseling le leholo.’ Ha ho motho ea kileng a bona ka sebele Jesu ea tlotlisitsoeng. Ha a ne a itšenola ho Saule oa mohlorisi, leseli le leholo le ile la foufatsa Saule. (Lik. 9:3-8; 22:6-11; Joh. 14:19) ’Me e le ea Matla a maholo a ho busa Jesu o tla fumana tlotla e sa feleng, hobane Ntate oa hae o mo roesitse moqhaka oa “khanya le oa hlompho.”—Ba-Heb. 2:9; Ba-Fil. 2:9-11.
Empa ho tla joang hore ebe Jesu ‘ke eena ea ’notši ea nang le ho se shoe’? A re hlokomeleng hore na litaba li lutse joang. Pauluse o ne a sa bue ka borena ba Molimo kapa ho se shoe empa o ne a bapisa Jesu le batho ba bang. Jesu ke ‘Morena oa [batho] bao ba busang joaloka marena.’ (Tšen. 17:12, 14; 19:16) Hape Kreste ke eena ea ka sehloohong boreneng, e le ‘’musi oa [batho] bao e leng babusi.’ (Bapisa 1 Ba-Korinthe 8:5, 6.) Ka hona ha Pauluse a ne a ngola hore Jesu ke “eena a ’notši ea nang le ho se shoe” o ne a bolela hore marena ’ohle kapa babusi ba tsoang har’a batho, ke Kreste ea tlotlisitsoeng feela ea nang le ho se shoe!