Molaetsa ho Babali ba Rona
Tokollo ea pele ea Molula-Qhooa e ile ea hatisoa ka Phupu 1879. Hona ho bolela hore (ka Senyesemane) ke lilemo tse lekholo koranta e hatisoa. Ka ho le thahasella haholo, lōna babali ba rōna, re hatisitse tokollo ena e khethehileng.
Sehlooho se tla qala leqepheng le latelang se bolela ka pale ea Molula-Qhooa lilemong tsena tsa pele tse 100. Se hopotsa hore na lefatše le ne le le seng lilemong tsa pele tsa koranta ena, le kamoo lefatše le ileng la fetoha le kamoo Molula-Qhooa le oona o ileng oa lokisoa hore o tsamaisane le leseli le tsoelang pele la Bibele. Sehlooho se qotsa lirapa tse ling tsa bohlokoa tse ’nileng tsa hatisoa ke makasine ena ho theosa le lilemo le ho pheta kamoo o ileng oa hlōla basomi ba oona le bahanyetsi.
Ho latelang, ke pale e entsoeng ka litšoantšo e hlalosa kamoo Molula-Qhooa o hatisoang, o fetoleloang le ho tsamaisoa.
Tokollong ena e khethehileng, ho hlaha lihlooho tse peli tse ithutoang maqepheng 13 ho isa ho 23. Sa pele, “Hantle-ntle ke Bomang ba Nang le ’Nete?” se khetholla Jehova e le Molimo oa ’nete, ea batlang ha batho ba lefatše ba tsamaea litseleng tsa ’nete. Se fana ka mehlala e susumetsang ea ba ileng ba tsamaea le Molimo, mehleng ea boholo-holo le mehleng ea kajeno. Hape, se khetholla ka ho hlakileng ba tsamaeang ’neteng ea Jehova mehleng ea rōna.
Sehlooho sa bobeli se ithutoang se sebetsana ka matla le potso, Molimo o hlile o tsamaisa batho ba oona joang? Ka mohlala, Bakreste ba pele ba ile ba fihlela tsebo e nepahetseng ea ’nete joang? Na ka linako tse ling ba ne ba e-ba le maikutlo a fosahetseng? Haeba ho joalo, maikutlo ao a ne a lokisoa joang? Kajeno teng, Batho ba Molimo ba senoleloa ’nete joang? Na phutheho ea Bokreste ha e fose? Na e ee e etse maikutlo a fosahetseng ao ho hlokahalang hore a lokisoe? Hona e fapana hokae le litumelo tsa Bojakane? Lipotso tsena, le tse ling, lia arabeloa.
Re u mema hore u bale le ho nahanisisa ka se fuperoeng ke tokollo ena e khethehileng ea Molula-Qhooa. Hape, re na le tšepo ea hore u tla thabela litokollo tsa kamoso tsa makasine ena ha e kena lekholong la eona la bobeli e hatisoa.