Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 6/15 maq. 22-23
  • “Ke Hobane’ng ha Molimo o Lumelletse Bokhopo?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Hobane’ng ha Molimo o Lumelletse Bokhopo?”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BA HLILE BA BATLA ENG?
  • LEBAKA LEO JEHOVA A LUMELLETSENG BOKHOPO KA LONA
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lipotso tse Atisang ho Botsoa ke Batho ba Khahlehang
    Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
  • Lipotso Tse Atisang ho Botsoa ke Batho ba Thahasellang
    Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng?
  • Lebaka Leo ka Lona Bokhopo bo Tsoelang Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 6/15 maq. 22-23

“Ke Hobane’ng ha Molimo o Lumelletse Bokhopo?”

Batho ba Bangata ba ea Botsa, “Haeba Molimo o teng, ke Hobane’ng . . .”

BATHO ba bangata ba botsa lipotso tse etelloang pele ka mantsoe a reng, “Haeba Molimo o teng, ke hobane’ng . . . ” Ba bang ba botsang joalo ba mpa ba batla ho tšeha ba lumelang hore Molimo o teng. Leha ho le joalo, ba bangata ba bang ba tšoenyehile haholo ’me ba batla likarabelo ho matlafatsa tumelo ea bona e thekeselang. Mohlomong potso e atisang ho ipheta ea mofuta ona ke e reng, “Haeba Molimo o teng, ke hobane’ng ha o lumella bokhopo?”

Ke ’nete hore Molimo o lumelletse bokhopo. Empa ho na le batho ba bangata lefatšeng ba sa bo lumelleng feela, ba bile ba bo lelefatsa. Ba bolela lintoa, ba lihele liqhomane holim’a basali le bana; ba etse lefatše lesupi, ba baka litlala; ’me ba jale maloetse le lefu ka ho silafatsa moea le metsi le mobu—nakong ea ntoa hammoho le nakong ea khotso. Hase feela hore ba khothalletsa bokhopo har’a machaba le lichabeng ka bomong, empa hape ba kenya mathata holim’a bona ka bo bona e le motho ka mong.

Baa ja ka meharo ’me ba none haholo, baa noa ’me ba be le likhathatso tsa sebete, baa tsuba ’me ba tšoaroe ke kankere ea matšoafo, ba feba, ke basodoma ’me ba tšoaroe ke maloetse a litšila, ba khanna ka ho se tsotelle ’me ba bolaee batho ba baloang ka mashome a likete selemo le selemo, ba batla chelete ka meharo le matlotlo ’me, ka ho etsa joalo, ba ipakele maima a ba bakelang likhathatso tsa qaati le pelo—letoto le ka ’na la ea pele.

BA HLILE BA BATLA ENG?

Batho ba joalo ha ba hlile ha ba batle ho felisoa ha bokhopo; hoo ba ho batlang feela ke ho felisoa ha likotlo tsa bokhopo. Ba batla bootsoa ba sa fumane maloetse a litšila, ho tsuba ba sa fumane kankere ea matšoafo, ho noa ka mokhoa o tlōtseng ba sa be le likhathatso tsa sebete, ho khanna ba sa tsotelle ba sa etse likotsi, joalo joalo. Ba batla hore ba jale bokhopo empa ba se ke ba bo kotula. Ba batla ho khola liapole libajoeng le ho bokella merara meutloeng.

Joale, ha ba fela ba kotula malimabe ho jaleng ha bona bokhopo, ba bobola le ho feheloa ebe joale ba phahamisa seboko sa bona, ba re: ‘Ekaba Molimo o ntsekisa’ng?’ Ebe ho ke ke ha esahala joalo hobane’ng? “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Gal. 6:7) Boitšoaro ba bona bo joalokaha Jehova a hlile a bona hore bo tla ba joalo: “Booatla ba motho bo mo khelosa tsela, eba pelo ea hae e hlonamela Jehova!”—Liprov. 19:3.

Jehova Molimo o nyatsa libe le ho fetella. Ba likete-tsa-likete ba halefela Molimo ka ho lumella bokhopo, empa boholo ba malimabe a bona bo hlaha ho tlōleng melao ea oona. Kaha ba lumella bokhopo ba bile ba bo lelefatsa, ke hobane’ng Molimo o ke keng oa nahana hore ba bo rata? ’Me haeba Molimo o ne o ka fela oa bo thibela, haeba o ne o ka theoha ho tla nka lisakarete tse melomong ea bona, kapa ligalase tsa lino tsa bona matsohong a bona, kapa hore o arohanye bafebi, kapa hore o theole lebelo la makoloi a bona ho tloha ho tsamaeeng lik’hilomithara tse 120 ka hora ho isa ho tse 90, na ba ne ba ke ke ba bokolla haholo hore bolokolohi ba bona boa tlatlapuoa? Ha a bo lumella o-oa tsekisoa; ha a bo thibela o-oa tsekisoa.

Nako e-ea tla eo ka eona Jehova a tla bo thibela ka ho tlosa ba khopo:

“Hobane ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho Iona.”—Liprov. 2:21, 22.

Ba bang ba ka ’na ba bolela hore ketso ena ea Molimo ke e sehlōhō, empa bokhopo bo ka felisoa ka tsela efe hape? Ka ho leka ho khutlisa batho mekhoeng ea bona? Tsamaiso e sentse likete-tsa-likete tsa ho leka sena. Mananeo a ea hlōleha. Linokoane ha li lokolloa teronkong li khutlela litseleng tsa tsona tsa khale. Kapele li futuhela ba bangata. Haeba ba khopo ba hana ho loka, pheko ke efe? Na u ka lema lipalesa har’a libajoa, kapa ua ruoa likhoho har’a liphokojoe ka ntlong ea likhoho, kapa ua ba le paradeise e nang le khotso moo ba senyang thepa ba imathelang ka bolokolohi?

LEBAKA LEO JEHOVA A LUMELLETSENG BOKHOPO KA LONA

Jehova Molimo o ile a bōpa batho hore e be bahlokomeli ba paradeise ea lefatšeng. Ha a ka a ba etsa litšoantšo tsa batho tse sa pheleng tse sebetsang ka motlakase, empa a ba nea hore ba ikhethele ka bolokolohi. Na ba ne ba tla ikhethela ho hlokomela lefatše tumellanong le morero oa Molimo? Satane o boletse hore ba ke ke, eaba o qholotsa Molimo ka boikhantšo ba hore a ka etsa hore batho bohle ba furalle Molimo. Jehova a amohela ho qholotsoa. Ho ne ho hlokahala nako hore ho lokisoe khang.

Hore ho ile ha hlahisoa khang ena ho bontšoa mabapi le Jobo. Jehova o ile a hlokomelisa Satane ka Jobo, a re: “Ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.” Satane a arabela: “Na ke feela ha Jobo a tšaba Molimo na? Na ha ua ka ua mo sireletsa.” Eaba Jehova o lumella Satane hore a hlorise Jobo, ho leka ho senya botšepehi ba hae. Mosali oa Jobo a inahana hore o lemoha lebaka la likhathatso tsa monna oa hae ’me a mo soma: “Na u sa tiiselitse tokeng ea hao na? Rohaka Molimo, ’me u shoe!” Empa Jobo a ’na a tšepahala, a pakahatsa Satane a le leshano, ’me a hlohonolofatsoa ke Molimo.—Jobo 1:6-12; 2:1-10; 42:12.

Na lōna batsoali le kile la bea letlotlo kapa boikarabelo bo itseng ho bara kapa barali ba lōna, ho bona hore na ebe ba tšoaneloa ke ho tšepeloa boikarabelo bo boholoanyane? Ka hona Jehova Molimo o leka batho, ho bona hore na ke batho bafe ka bomong ba ka tšepeloang ho hlokomela lefatše la paradeise tlas’a ’muso oa Kreste. Hona joale o lumelletse bokhopo ka morero, empa hase eena ea bo bakang. Likoluoa tse ling li tla ka tsietsi: “Bohle ba hlaheloa ke nako le sebaka sa ntho tseo.” (Moek. 9:11) Likoluoa tse ling li tla ka baka la bothoto ba batho. “Molimo o entse batho ba lokile, empa bona ba batlile mamene-mene a mangata.” (Moek. 7:29) Tse ling li ntse li tlisoa ke Satane boitekong ba hae ba ho etsa hore batho ba furalle Molimo kaofela ha bona, a tseba hore ba tla bea Molimo molato ho fapana le eena, a tseba hore ba bangata ebile ha ba lumele le hore eena, Satane, o teng.—Tšen. 12:12.

Molimo o teng, ’me o na le mabaka a ho lumella bokhopo. Empa nako ea oona ea ho bo emisa ha e hole haholo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela