Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 11/1 leq. 12
  • ‘Seroto sa Litholoana Tse Butsoitseng’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Seroto sa Litholoana Tse Butsoitseng’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 11/1 leq. 12

‘Seroto sa Litholoana Tse Butsoitseng’

Ka linako tse ling Jehova Molimo o ne a fetisetsa molaetsa ho baprofeta ba hae ka lipapiso tse bonolo. Mohlala oa sena o fumanoa ho Amose 8:1-3, moo re balang: “Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse eona. Ka bona seroto se tletseng litholoana tse butsoitseng. A re ho ’na: “U bona’ng, Amose? Ka re: Ke bona seroto se tletseng litholoana tse butsoitseng. Eaba Jehova o re ho ’na: E se e le ho fela ha sechaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla hlola ke se tšoarela. Lipina tsa ntlo ea borena li tla fetoha lillo ka letsatsi leo, ho itsalo Morena Jehova. Ho tla tlala litopo; li tla akheloa hohle, ho ntse ho thotsoe.”

Ka temaneng ea Seheberu lipolelo “litholoana tse butsoitseng’’ (“qayits”) le “fela” (“qets”) li tšoana haholo, li hlahisa ho khaba ka mantsoe. ‘Seroto sa litholoana tse butsoitseng,’ se supa ’nete ea hore kotulo, ’me ka hoo, selemo sa temo se ne se le haufi le ho fela. Ka mokhoa o tšoanang Iseraele e sa tšepahaleng e ne e talimane le bofelo ba eona. Jehova Molimo o ne a ke ke a hlola a bea mabaka kapa a tšoarela libe tsa sechaba. Nakong ea ho phethahatsoa ha kahlolo ea hae, lipina tsa thoriso tse neng li binoa tempeleng li ne li tla fetoha “lillo,” seboko se seholo se hlabang habohloko holim’a ba bangata ba hhabiloeng. Ha ho talingoa sena se bontšang ho se thabe ho matla ha Molimo, ke khutso feela e neng e tla lokela.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela