Na Kamano le Molimo ea re Thusa Hona Joale?
“Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, . . . o utloa mehoo ea bona, ’me oa ba lopolla.”—Pes. 145:18, 19.
1, 2. Mantsoe a Davida a re bontša joang boemo bo botle ba motho ea nang le kamano e haufi le Molimo?
MORENA Davida, eo hape e neng e le moprofeta, o buile ka thabo ea motho eo Molimo o mo nkang a ‘lokile ho sa tsotellehe mesebetsi,’ a re: “Ho lehlohonolo eo tšito ea hae e tšoaretsoeng, eo sebe sa hae se apesitsoeng! Ho lehlohonolo motho eo Jehova a sa ’malleng bokhopo ba hae.” (Ba-Roma 4:6-8; Pes. 32:1, 2) Motho ea joalo o tšoaretsoe libe tsa hae—o hloekile mahlong a Molimo. Jehova o mo amohela e le motsoalle ea haufi, a mo talima joaloka ea se nang bobe, hobane bobe bo etsa hore karohano le Molimo e be teng.
2 A supa molemo oa ho ba le boemo bona le Molimo, Davida a boela a re: “Boka Jehova, moea oa ka, u se ke ua lebala litšitso tsohle tsa hae! Ke eena ea tšoarelang makhopo a hao ’ohle, ea folisang maloetse a hao kaofela. O lopolla bophelo ba hao lebitleng, o u roesa lereko le mehauhelo hlohong. O khorisa molomo oa hao ka tse molemo, ’me bocha ba hao bo nchafala joale ka ntsu.”—Pes. 103:2-5.
METSOALLE EA MOLIMO
3. (a) Ke ka polelo efe ea lerato ba tšoaretsoeng libe tsa bona ka sehlabelo sa Kreste ba ka lumelloang ho buisana le Molimo? (b) Motho ka mong o boloka boemo bona joang?
3 Motho ea joalo a ka bitsa Molimo e le Ntate. (Matt. 6:9) Ha a sitoa ’me a etsa libe, joalokaha ho etsa batho bohle ba sa phethahalang, ha a fumana hore o entse joalo, a ka ipiletsa ho Molimo bakeng sa tšoarelo le tlhoekiso, kahoo a boloka boemo boo bo nepahetseng. Moapostola Johanne o kile a ngola ka sena, a re: “Ha re re, ha re na sebe, rea ithetsa, ’me ’nete ha e eo ho rōna. Ha re ipolela libe tsa rōna, Molimo oa tšepeha, o lokile, hore o re tšoarele libe ’me o re hlatsoe bokhopo bohle.”—1 Joh. 1:8, 9.
4. Kreste o bontšitse ho ba haufi ha hae le bao e leng barutuoa ba hae joang?
4 Ke joang, bophelong ba tsatsi le leng le le leng, kamanong e haufi le Molimo ‘o khorisang molomo oa hao ka tse molemo’? Hona kamano e joalo e joang? Jesu o ile a senola mofuta oa katamelano e haufi eo a bileng le eona le baapostola ba hae ba tšepahalang ha a re ho bona: “Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etsoang ke morena oa hae; ke le bitsitse metsoalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tsee ke li utloileng ho Ntate.” (Joh. 15:15) Ho feta moo, “ha a na lihlong tsa ho ba bitsa banab’abo.” (Ba-Heb. 2:11) Ke ’nete hore Bibele e bua ka Bakreste e le bahlanka ba Molimo le Kreste. Empa hangata Bibele e sebelisa mantsoe a setho, ke hore, mantsoe ao re a tloaetseng, ho re hlakisetsa litaba tse itseng. Hona ho tsoaloa ke ho se phethahale ha rōna ’me ka linako tse ling ka lebaka la ho se hole ha rōna tsebong le kutloisisong ea Bokreste. (Bapisa Ba-Roma 6:19; 1 Ba-Korinthe 3:1, 2; hape bona Luka 17:7-10.) Kahoo, le hoja lentsoe “mohlanka” le sebelisoa, Jesu Kreste o ne a hlile a re rata ho feta kamoo monghali leha e le ofe a ratang mohlanka, ’me o rata hore re tiisetsoe hore o re talima joaloka metsoalle ea hae.
5. Jesu o ile a senola bohaufi le lerato la Molimo bakeng sa ba mo ratang joang?
5 Jesu o totobalitse hore Molimo o haufi joalo le ba tlang ho Kreste, ha a re: “Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentsoe la ka; Ntate o tla mo rata, ’me re tla tla ho eena, re ahe ho eena.” (Joh. 14:23) Ke kamano efe e haufi ho feta eo eo motho a neng a ka e lakatsa? (Bapisa Tšenolo 3:20.) Hoba a bolelle barutuoa ba hae hore oa tsamaea ho ea ba le Ntat’ae, Jesu a ba bontša hore Molimo o haufi le bona ho feta kamoo ba neng ba nahana kateng ha a re: “Ka tsatsi leo ha le ka ke la mpotsa letho. Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Ntho tsohle tsee le tla li qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona. Ho fihlela joale, ha le e-so ho kōpe letho ka lebitso la ka; kōpang, ’me le tla fuoa, thabo ea lōna e tle e tlale. Ke le boleletse taba tseo ka lipapiso; empa nako ea tla, eo ke sa tl’o hlola ke bua le lōna ka lipapiso, ke mpa ke tla le tsebisa tsa Ntate phatlalatsa. Mohlang oo, le tla kōpa ka lebitso la ka; ’me ha ke le bolelle hore ke tla le rapella ho Ntate; hobane Ntate oa le rata e le eena, kahobane le nthatile, ’me le lumetse hoba ke tsoa ho Molimo.”—Joh. 16:23-27.
TŠIRELETSO HO ETSENG LIPHOSO
6, 7. (a) Na Molimo o hlile o leka mang kapa mang hore a etse sebe? (b) O ‘bea selebeli le ho re lebela’ joang?
6 Ruri ea atamelaneng haufi le Molimo a ka thabela ho sireletsoa ho oeleng bobeng. Jesu o itse re rapele ho Molimo hore: “U se ke ua re isa molekong; u mpe u re loele ho e mobe.” (Matt. 6:13) Ena e tšoana le thapelo ea mopesaleme, ha e re: “Jehova, bea selebeli pel’a molomo oa ka, u lebele monyako oa melomo ea ka! U se ke ua leseletsa pelo ea ka ho sekamela bobe.”—Pes. 141:3, 4.
7 Le hoja a ile a lumella Kreste hore a thulane le moleko, ntho e tloaelehileng ho rōna batho kaofela, Molimo ha o leke motho mang kapa mang ka lintho tse mpe. (Jak. 1:13) Ka lehlakoreng le leng, a ke ke a thibela ka ho qobella hore motho a ikhethele tsela e mpe. Ho e-na le hoo, ha meleko kapa liteko li hlaha, Molimo o sireletsa motho ea atamelaneng le eena ka ho tutubulla mahlo a hae ka ho hlakileng le hore a be nchocho ho bona kotsi eo a leng ho eona. O ‘bea selebeli le tšireletso’ holim’a hae. Ea amanang le Molimo o tla hlokomelisoa ka litemoso tsa lipontšo tse matla.
8. Molimo o arabela thapelo, “u se ke ua re isa molekong” joang?
8 Ka mohlala, motho ea molekong oa ho utsoa kapa ho etselletsa o tla hopotsoa ka potlako ka linnete tse itseng tse hlokomelisang: ketso e mpe e tla hohla kapa e senye kamano ea hae e ntle le Molimo; liketso tse joalo li hanana le molao oa lerato; li tlisetsa lebitso le letle la Molimo le Kreste thohako, hobane Mokreste o ipolela hore ke moemeli oa bona; haeba a ineela litakatsong tse fosahetseng joalo o tla itlisetsa eena le baratuoa ba hae thohako le masoabi: o tla tlontlolla phutheho ea Bokreste, eo e leng setho sa eona. Letsoalo le letle leo a ileng a le kōpa ha a sa lumela sehlabelong sa Kreste bakeng sa libe le tla be le ntšitsoe kotsi e bohloko. Mehopolo ena e lemosang e hlaha ka baka la ho bala ha Mokreste Bibele ka mehla le ka baka la ho susumetsa ha moea oa Molimo, kapa, ka linako tse ling, ka baka la Mokreste e mong. E tla sebeletsa e le lithibeIo hore a ka hohlomela le ho phosumela ho lateleng takatso ea nama, joalokaha ho ka ba joalo ka motho ea sa sireletsoang ke kamano e ntle le Molimo.—Bapisa Liproverbia 7:22, 23 le phihlelo ea Davida ho 1 Samuele 25:32-35.
BOLOKOLOHI BA MONAHANO LE PUO
9. Matla a Lentsoe la Molimo a bontšoa joang ha re nahana ka lichaba tse bitsoang “Bojakane”?
9 Lehlohonolo le leholo le tlisoang ke kamano e ntle le Molimo ke ho thabela bolokolohi bo boholo ba monahano le puo. E le bopaki ba matla a Lentsoe la Molimo tabeng ena, sheba lichaba tse bitsoang “Bojakane.” Le hoja ho se mohla li hlileng tsa e-ba haufi le Molimo, lilemong tse fetileng tse makholo a mabeli ka bolokolohi li lumelletse ho tsamaea ha Lentsoe la Molimo. Bibele e fetohile buka ea lelapa. Le hoja hona joale e lahloa ke ba bangata, ho bile teng banna, haesita le litulong tsa puso, ba lekileng ho latela metheo e metle ea boitšoaro ea Bibele. Hona ho phahamisitse bolokolohi ba ho nahana le ho bua ’me ha lokolla batho litlamong tsa lineano tsa bolumeli le tumela-khoela ea Mehleng ea Lefifi. Ha ho lekanngoa le ho tsamaisoa ha Bibele linaheng tsena, melao ea ho phela ea batho e ntlafalitsoe.
10. (a) Bahlalefi le ba bang ba kene hakae ho utloisiseng Molimo ha ba ithuta ka meeka ea pōpo? (b) Motho ea batlang kamano e haufi haholo le Molimo o lokela ho etsa joang?
10 Le hoja ho kopana le Molimo ka seoelo joalo ka Lentsoe la oona ho tlisitse leseli le bophelo bo molemo, batho ba hlileng ba balang Bibele ’me ba e entse motataisi bophelong ba bona ba fumana molemo ka tekanyo e khōlō haholo. Mopatriareka Jobo o supa hore ho hlokahala tsebo e fetang e seng kaenyana feela ka Molimo. Kamor’a ho bua ka linnete tse babatsehang tsa pōpo tseo bahlalefi ba li utloisisang le ho li hlalosa kamor’a patlisiso e telele, o re: “Bonang, tseo ke bokantle ba litsela tsa oona; ka litsebe tsa rōna re utloa oeoetso e nyenyane ea tsona.” Hamorao, Jobo o totobatsa hore bohlale ba sebele bo re hloka ho fetang ho ithuta feela “bokantle ba litsela tsa oona”—ntho e ’ngoe e fetang feela linnete tsa mahlale. Re tlameha ho tseba botle ba botho ba Molimo, re o tšabe joaloka ea phahamisang metheo e nepahetseng, le hore re latele metheo ena. Bohlale bona bo ka fumanoa feela ka ho ithuta Lentsoe la oona. Jobo o re: “Bona, ho tšaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke eona kutloisiso.” (Jobo 26:13, 14; 28:28) Ho ea batlang, ka ho sheba ka Bibeleng, ho fumana kamano le Molimo, mopesaleme o ngolile hore: “Ho lehlohonolo eo u mo khethileng, eo u mo atametsang pel’a hao, a tle a ikahele mabaleng a hao. Re tla khora tse monate tsa ntlo ea hao.”—Pes. 65:4.
KE BO-MANG BA KA THABELANG HO BA HAUFI LE MOLIMO?
11, 12. Ke motho oa mofuta ofe eo Molimo o tla mo amohella kamanong e haufi le ea botsoalle le eena?
11 Ka baka leo, kamano eo Molimo o hlokomelang motho ka mong ka eona e le motsoalle oa hae e tla ba le mahlohonolo a maholo le a ka ho sa feleng. Eo Molimo o neng o tla mo khetha bakeng sa botsoalle bo haufi joalo o hlalosoa ho Pesaleme ea 15, ka hore:
“Jehova, moeti oa hao e tla ba mang tenteng ea hao?
E tla ba mang ea tlang ho aha thabeng ea hao e halalelang?
“Ke ea phelang ka bokhabane, a etsa ho lokileng,
a bolela ’nete kamoo e leng pelong ea hae kateng.
Leleme la hae ha le jale ketselletso,
ha a etse oa habo hampe,
ha a nyefole ngoan’abo.
Mahlong a hae motho ea nyatsehang ke ea khopo,
empa o hlonepha batho ba tšabang Jehova.
Leha a hlapantse, a ke ke a koeneha, leha e ka ba tšenyehelo ho eena;
ha a alime chelete ea hae ka phahello,
ha a amohele mpho ho tsoa ea se nang molato.
Ea etsang joalo, a ke ke a sisinyeha le ka ho sa eeng kae.”—Pes. 15:1-5.
12 Ke motho ea joalo feela ea ka tšabang Molimo ’me a mo tseba e le kannete. Motsoalle ea joalo oa Molimo o talimane le mathata a tloaelehileng ao motho e mong e mong le e mong a thulanang le oona. Empa ha a tloheloa ntle ho thuso.
THUSO NAKONG EA HO KULA
13. Molimo o etsetsa Mokreste ea kulang haholo eng, ’me Mokreste o talima ho mamella tlas’a ho kula joang?
13 Mokreste a ka ’na a kula haholo. Hangata, ho kula ’meleng ho ba le phello e sa lakatseheng bophelong ba motho ba moea. Ho thata ho boloka ho leka-lekana nakong ea ho kula. Molimo o utloela ba kulang bohloko haholo. Ho feta moo, o fana ka thuso. Mopesaleme o re: “Jehova o tla mo tšehetsa, ha a le liphateng tsa boloetse; u lokisa malao a hae kaofela bohlokong ba hae.” (Pes. 41:3) Molimo ha o tšepise hore mohlanka oa oona mabakeng ’ohle a ka fola ka ho feletseng. Empa o tiisetsa Mokreste hore o tla ema le eena ’me a etse hore bohloko ba hae bo mamellehe. Puo ea mopesaleme e hopotsa ka mooki eo nako le nako a hlokomelang mokuli hoo e leng hore ha ho karolo ea ’mele e sa ikutloeng hamonate kapa motsoali eo ka lerato a hlokomelang ngoana ea kulang, a mo tšelisa, a hloekisa moalo oa hae le ho o lokisa, e le hore a ikutloe a hlaphohile a hlasimolohile. Haeba ho le molemong o fetisisang oa motho, Molimo o mo tsosa liphateng tsa ho kula ’me o li fetola liphate tsa bophelo. Empa le haeba a sa fole, Molimo o etsa hore lintho tsohle li mo sebeletse molemo. (Ba-Roma 8:28) O matlafatsoa haholoanyane moeeng, ’me o mamella ho kula, a ho nka e le mokhoa oa taeo kapa koetliso e mo etsang hore a be matla haholoanyane, a nahanele haholoanyane, le hore e be Mokreste ea utloelang bohloko haholoanyane. O hopola hore Kreste o ile a utloa bohloko. Phihlelo ea Jesu e sebeletsa molemo oa Hae le oa rōna. Molimo ha o ka oa furalla Jesu, ’me moputso oa hae bakeng sa mamello e sebete oa e-ba moholo.—Ba-Heb. 4:15; 5:8, 9.
THUSO HAR’A MAHLORISO
14. Na re lokela ho makala ha mahloriso a tla, ’me re na le tiiso efe ea thuso?
14 Ka baka la ho emela ha Mokreste melao ea motheo ea Bibele, khanyetso le mahloriso li ka ’na tsa tla. Hona ho ile ha etsahalla Davida, ea ileng a tsongoa joaloka phoofolo ke Morena Saule, a ekoa ke motsoalle oa hae e moholo le ho reroa hampe ke bara bao e leng ba hae ha a kula. (1 Sam. 24:2; Pes. 41:9; 2 Sam. 15:31; 1 Mar. 1:1, 5) Leha ho le joalo, phihlelong ea botho, o ngolile hore: “Hobane [Jehova] o tla mpata tabernakeleng ea hae ka matsatsi a mabe, a nkamohele tširelong ea tente ea hae.” “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.”—Pes. 27:5, 10.
TOKOLOHO MATSOALONG A TSA MORUO
15. Ke hobane’ng ha Mokreste a sa lokela ho tšoha hore o tla sitoa ho fumana seo a se hlokang bophelong se bonahalang?
15 Le bona boemo ba moruo ha boa lokela ho ama Mokreste ka mokhoa o tlōtseng. Moapostola Pauluse o ngolile: “Ketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua; le kholoe ke tseo le nang le tsona; hobane Molimo ka sebele o itse: Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla. Ka baka leo re ka re ka tšepo: Morena ke mothusi oa ka, nke ke ka tšoha letho, motho a ka nketsa’ng?” (Ba-Heb. 13:5, 6) Davida le eena o itse: “Ba batlang Jehova ha ba haelloe ke molemo leha o le mong.” Hape, o itse: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse; empa ha ke e-so ho bone ea lokileng a tloheloa, leha e le litloholo tsa hae li sikila bohobe.”—Pes. 34:10; 37:25.
KHOTSO LE THABO EA HO THUSA BA BANG
16. E meng ea melemo ea bohlokoa haholo eo Mokreste a nang le eona hona Joale ka baka la kamano ea hae le Molimo ke efe?
16 O mong har’a melemo e meholo ea hona joale ea kamano e haufi le Molimo ke khotso ea kelello le ho lokoloha tšabong ea lintho tse tlelang lefatše le motho ka boeena. Mokreste, a utloile tlhokomelo e lerato ea Molimo le tšireletso ea oona bakeng sa ba haufi le eena, o na le tšepo e tiileng ea lintho tse molemo tse tlang. Ho latela pallo ea Molimo, o lebelletse maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho tla ikahela teng. (2 Pet. 3:13) O na le tšepo ea hore, le haeba a ka shoa, o tla fumana tsoho ho kena tsamaisong eo e ncha ea ho loka ea lintho. (Lik. 24:15) Tsatsi le leng le le leng o na le bopaki ba seo moapostola Pauluse a se boletseng phihlelong eo e leng ea hae, a re: “Khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle [monahano o mong le o mong o motle oo Mokreste a ka bang le oona]; e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”—Ba-Fil. 4:7.
17. Ke thabo efe e khōloanyane eo Mokreste a ka bang le eona ka baka la ho ba haufi le Molimo?
17 Ho thabela kamano ena e ntle, Mokreste a ka thusa ba bang ho ithuta ka lintho tsena. Ha ho na thabo e fetang ea ho thusa ba bang hore ba fihle tsebong ea ’nete ea Molimo le hore ba huleloe kamanong e ntle le Jehova le Mora oa hae. Ke ka lebaka leo Lipaki tsa Jehova li etelang malapa a batho, lefatšeng lohle, li ba bolella ‘litaba tse molemo,’ ’me li khutlela ho ea tsamaisa lithuto tsa Bibele. Kahoo, ha ba bacha ba tloaetsoa phutheho ea Bokreste, le bona, ba utloa thabo ea ho tseba Ntate ka mokhoa o haufi le eena eo a mo rōmileng, Jesu Kreste. Ho bohle ba joalo, ‘hona ho bolela bophelo bo sa feleng.’—Joh. 17:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Molimo o sireletsa motho ea atamelaneng le eena ka ho tutubulla mahlo a hae ka ho hlakileng hore a bone kotsi eo a leng ho eona
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Joalokaha motsoali ka lerato a hlokomela ngoana ea kulang Molimo o sebeletsa Bakreste ba kulang molemo