Na u ka Fumana Molemo Tumelong?
LEFATŠENG lohle lilemong tsa morao ho bile teng hoo ba bang ba ho bitsang tsosoloso ea bolumeli. Ho etsahetse ka lebaka lefe?
Ha a fana ka karabelo ea hae, Moprofesa Martin E. Marty oa Univesithi ea Chicago Divinity School o itse: “Ntho ea pele, ha ho letho le leng hape le sebetsang—e leng tsela e sa hlakang hantle ea ho bolela hore haufinyane lilemong tse fetileng tse 15 batho ba ile ba lumela haholo matleng a batho, ho kopanngoeng ha tsebo ea mesebetsi e etsoang ka matsoho le lipolotiki. ’Me, re ile ra fumana lintho tse babatsehang, kamoo ke hopolang kateng, naheng ea habo rōna [Linaha tse Kopaneng tsa Amerika]—litokelong tsa boahi, litokelo tsa botho, likamano tsa batho ka ho tsoakana, litšobotsing tse itseng tsa tlhokomelo ea bophelo le tokelo ea tšireletso.”
“Empa,” Moprofesa Marty a tsoela pele, a re, “hape re ithutile likhaello tsa matla a motho. Re fumane hore lintho tseo tse ileng tsa finyelloa li ne li sa etse hore bophelo bo be le seo bo se bolelang. Li ne li sa re nee lintho tsa bohlokoa tse neng li ka inkeloa ke moloko o mocha. ’Me, neng le neng ha batho paleng ba ikutloa hore ba na le moo ba haelloang, ba nka litsela tse peli—e ’ngoe, ba ikutloa ka matla botebong ba bona hore ba tsebe ho hong ka botebo, ’me ho hong, hape ha u teba haholoanyane . . . Batho ba batla ntho e nang le seo e se bolelang. Batho ba batla ho ikutloa hore baa hlokoa. ’Me ho na le mabaka a potlakileng bakeng sa hoo ka bo-1970, ’me ke nahana hore ke ka lebaka leo tsosoloso e leng teng.”
Leha ho le joalo, na tsosoloso e teng kajeno ea bolumeli e tlositse mekoallo ea bochaba e arotseng moloko oa motho? Na bolumeli ka kakaretso bo fetotse bophelo le ho fana ka ‘lintho tsa bohlokoa tseo moloko o mocha o ka inkelang tsona’? Na bo file batho tšepo e tiileng bakeng sa nako e tlang?
Batho ba hlokometseng ’me ba e-na le tsebo ba hlokomela hore, ho sa tsotellehe tsosoloso ea bolumeli lefatšeng ka bophara, mekoallo ea bochaba e sa ntsane e arotse lelapa la motho. Lipolelo tse joalo tsa tumelo ha lia felisa qhoebeshano ea manyalo, tlhalano e phahameng le ho hloka boikarabelo ka botona kapa botšehali ho hlileng ho hlahisang ho nyahama le ho se thabe. Ho feta moo, le hoja batho ba ntse ba retelehela bolumeling ka ho eketsehileng, ho na le bopaki bo fokolang ba hore seo ba bangata ho bona ba se fumanang se hlile se fetisetsa khothatso ea sebele kapa ho ba nea tšepo e nang le motheo bakeng sa nako e tlang. Ka mohlala, ho ipolaea ho fetohile sesosa se seholo sa boraro sa lefu har’a batho ba lilemo li 15 ho ea ho 24 Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, ’me Dr. Calvin J. Frederick oa Lekala la Sechaba la Bophelo ba Kelello o re ho ipolaea ho joalo ho bakoa “ke ho tepella ho tlisoang ke ‘ho se atlehe, ho hloka thuso le ho hloka tšepo.”—Newsweek, 28 Phato, 1978.
Kaha ho tsosolosoa ha bolumeli lilemong tsa morao ha hoa khahla batho haholo, ke hantle haeba motho a ka botsa: ‘Na nka fumana molemo ka tumelo? Na e hlile e na le moo e amang bophelo ba motho?’
Motho a ka ’na a sekamela bolumeling empa a se na tumelo ea ’nete. Ka lebaka leo, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola hore: “Tumelo hase ea bohle.” (2 Ba-Thess. 3:2) Empa tumelo e theiloeng Bibeleng ke ea batho ba bang, ’me e fela e ama bophelo ba bona. Tumelo e joalo e hlōla litšitiso le mathata. E na le matla a ho fetola. Tumelo ea ’nete ha e tsebe mekoallo ea bochaba. E fana ka sebete le ho fana ka tšepo bakeng sa nako e tlang.
Na hona ke khopolo-taba feela? Che ka sebele! Ak’u lekanye bopaki bo sehloohong se latelang.