Kamoo Tumelo e Hlōlang e ka u Amang
HO NE ho lokiselitsoe Likopano tsa Lichaba tsa “Tumelo e Hlōlang” tse fetang 100 tsa Lipaki tsa Jehova bakeng sa 1978 le 1979 metseng e meholo ea lefatše. Ho tla fihlela ka Loetse 1, 1978 ho ne ho bile teng batho ba fetang 1 700 000.
Morero oa Likopano tsena e ne e le ofe? li ne li tšoaretsoe ho haha tumelo. Che, e seng tumela feela tjee empa tumelo e hlōlang—mofuta oa e boleloang ke moapostola oa Mokreste Johanne ha a ne a ngola a re: “Hlōlo e hlōtseng lefatše ke tumelo ea rona.”—1 Joh. 5:4.
Tumelo ena e hlōlang e susumelitse bophelo ba ba baloang ka likete. Le uena e ka u ama, joalokaha e amile ba bang. Hlokomela kamoo sena e leng ’nete ha re nahanisisa ka bokhutšoanyane lintlha tse ling tsa Likopano tsa Lichaba tsa “Tumelo e Hlōlang” tse bileng linaheng tsa Europe.
TUMELO E HLŌLANG LITŠITISO LE MATHATA
Ho ba bang, ho ba teng ha bona ka bohona likopanong tsena ho ile ha hlokahala hore ba sebelise tumelo le ho hlōla mathata a neng a sitisa. Sebaka se neng se tsamauoa ka sebele ha e-ea ba pharela. Ho tla kopanong ea Lille, France, moromuoa e monyenyane ea tsoang Poland o ile a tsamaea lik’hilomithara tse 1 200 ka baesekele ka matsatsi a tšeletseng.
Lipaki tse mashome a mane tse tsoang Poland li bile teng kopanong ea Copenhagen, Denmark. Hona ho ile ha nolofatsoa ke hobane haufinyane ho ile ha buloa tsela e tobileng ea sekepe ho tloha Svinoucie ho ea motse moholo oa Denmark. Leha ho le joalo, leeto le ile la nka e mong le e mong ho bona moputso oa khoeli. Ba fumana litumello tsa ho eta le hoja ba ile ba fana ka “ho ea kopanong ea Lipaki tsa Jehova Denmark” e le Iona lebaka la leeto la bona. Leha ho le joalo, memo le lengolo la tumello ea ho ba naheng esele e hlileng ea lefelloa pele ba tloha hae e ne e hlokoa hore ba tlohe Poland, ’me tsena li ile tsa fanoa ke baena ba Denmark. Ntle ho ho thabela kopano e khōlō le balumeli hammoho ba bangata hakaalo, baromuoa bana ba fumana molemo lenaneong la matsatsi a mabeli le halofo ka Sepolishe, ho kopanyelletsa litšoantšiso tse tharo tsa Bibele tse ileng tsa fanoa ka litheipi le litšoantšo tse emeng. Hammoho le baromuoa ba Manyesemane, Magerike, Maspaniard le Mayugoslavia, baena ba Mapolishe ba ile ba phaella ka motsoako o khethehileng oa lichaba tsohle kopanong ea Copenhagen. Matsatsi a mabeli a lenaneo la kopano a ile a etsoa ka lipuo tsa Segerike, Spanishe le Secroation. Kahoo, le eona mekoallo ea lipuo e ile ea hlōloa.
Banyalani ba bang ba nang le bana ba 11 ba ne ba batla ho tsamaea le Lipaki tse ling ho tloha Azores le ho ea ba teng kopanong e Lisbon, Portugal. Empa ba ne ba tla ho khona joang? Bana ba bang ba baholoanyane ba thusa hore chelete e fumanehe ka hore ba sebetse likhoelinyana pele ho kopano. Tšenyehelo ea litekete tsa sefofane, lijo le tse ling e ne e feta $1 100 (U.S.), boima bakeng sa baahi bana ba tlase ba lihleke-hleke. Empa ba hlōla litšitiso tse joalo tsa lichelete ka ho bontša tumelo ho Jehova, ’me lelapa lohle la litho tse 13 le ne le le teng kopanong ea Lisbon.
Ba neng ba le teng hape Likopanong tse ling tsa Lichaba Tsohle tsa “Tumelo e Hlōlang” e ne e le mahlatsipa a likampo tsa Manazi tsa mahloriso. Lipaki tse peli tse neng li le teng kopanong ea Brussels, Belgium, li ne li sa ntsane li e-na le seaparo sa tsona se metsero. Ba ile ba li apara molemong oa baromuoa ba neng ba le likarolong tse buang Senyesemane. Monna e mong eo hona joale e leng molebeli oa Mokreste, o ne a le lilemo li hlano ha ntat’ae a tšoaroa ka 1941, ’me o sa ntsane a hopola ha a botsa ’m’ae hore na ’m’ae o tla ba sieo ka nako e kae ha ’m’ae a tšoaroa, kaha o ne a hopola hore o ea kae-kae ka thōmo feela. Ha a ka a hlola a ’mona hape ho fihlela kamorao ho lilemo tse ’ne. Empa tumelo e hlōlang ea hlōla har’a mathata le mahloriso a bona kaofela.
Ho ba neng ba kopane kopanong ea Helsinki, Finland, banyalani ba baholo ba ile ba tla le litumeliso tse tsoang Berlin e ka Bophirimela. Ka bobeli e ne e le baboleli ba nako e tletseng ba ’Muso ’me ba sebelelitse boemong boo tekanyong e kopaneng ea lilemo tse fetang 100 ka kakaretso! Bamameli ba ne ba phahamisitse matšoafo ha banyalani bana ba thabileng ba bolela ka liphihlelo tsa bona. Monna e ne e le setho sa lelapa la Bethele (basebeletsi ba ofisi ea lekala ea Watch Tower Society) pusong ea Hitler ea Jeremane, a tšoaroa ke sepolesa sa Gestapo, ’me a qetella a le kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen le baena ba bang ba 600. Ha a lokolloa qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, a boela a sebeletsa Bethele. Mosali oa hae le eena o ne a bile litlamong. Hoba ba nyalane, ba iphumana ka bobeli ba le kampong ea chankane ea Makomonisi. Ka bobeli ha ho kopanngoa ba bile chankaneng ka lilemo tse 41 ka kakaretso. Na ba kile ba ikutloa ba tepeletse kapa ba nyahame? Le hanyenyane! Moena a re: “Bakeng sa tokelo ena e khethehileng re leboha Jehova.” E, ba utloile bohloko e le Bakreste ba sa nkeng lehlakore empa tumelo ea bona e bile e hlōlang.
Kannete, ba nang le tumelo e hlōlang ba ile ba hlōla litšitiso tse boima, ba mamella mathata ’me ha ba ineele ho bahlorisi ba bona. Ha ba cheche, empa, ho e-na le hoo, ‘ba na le tumelo ho pholosa meea.’ (Ba-Heb. 10:38, 39) Tumelo e hlōlang e ka ba le phello e joalo bophelong ba hao.
TUMELO E NA LE MATLA A HO FETOLA
Empa na tumelo e ama boitšoaro ba motho ka mong? Leselinyana la litaba la Sefora Le Soir le ile la bapisa moea oa borapeli oa kopano ea Bokreste ea Lipaki tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Marseilles le ho hloka taolo ho tloaelehileng ho eeng ho bonoe lebaleng la lipapali le ba neng ba le sebelisa. La re: “Batho ba na le khotso le botsoalle, ba loketse ho bua. . . . Ha ho teng bohlaha bo atisang ho amana le mekhopi. Bohle ba lutse ka khutso litulong tse tliselitsoeng morero ona. Ha ho ea tsamaeang kapa ea hatikelang joang. Bana hase batšehetsi ba tlatsitseng lerata, empa ke batho ba buang ka khutso. Ba fumane sepheo sa bona bophelong, ’nete ea bona, ho Lipaki tsa Jehova.”
Ha le hlalosa ka Kopano ea Lichaba ea “Tumelo e Hlōlang” Rome, leselinyana la litaba la Setaliana Paese Sera le boletse Lipaki e le batho “ba itšoereng hantle” ka “boitšoaro bo sa nyatseheng.” Hape, mabapi le sebaka sa kopano, Il Messaggero ea Roma le hlalositse hore: “Ho sieo ke matlakala a likotoana tsa lipampiri le lithole tseo, le hoja ho le bohloko ho ho bolela, a khethollang libōka tse khōlō tse tšoareloang naheng ea rōna.” Hona ho ile ha boleloa e le “pontšo ea botho bo lokelang litšebeletso tse sebetsang hamolemo tsa lipokano, empa hape le khōliso e ntle ea ba teng.”
Ha e le hantle, tlotla leha e le efe bakeng sa ho lakatsehang kapa boitšoaro ba bomolimo li tlameha ho ea ho Jehova Molimo. Tumelo ho eena le ho sebelisoa ha Mangolo bophelong li ikarabella bakeng sa ho fetola ba fetohileng Bakreste ba ’nete. (Ba-Roma 12:2; 1 Ba-Kor. 6:9-11) Leselinyana la litaba la Sefora Le Dauphiné libéré lea hlokomela: “A re tloseng maikutlo a ‘motho ea sebelisang malepa’ ea u fetolang ka mantsoe a seng makae a tšereanyang le thutsoana. Che, Lipaki tsa Jehova ha li thahaselle ho ananya ‘tšoaneleho’ ea kholiseho e tebileng ka ‘palo’ ea batho ba inahanang hore ba kholisehile ka tumelo e neeletsanoang.”
Ke joang, he, motho a ka fumanang tumelo ea sebele? Leselinyana lona leo la litaba le tsoela pele: “Ho ke ho utloisisoe hore tumelo e joalo e hlaoleloa leseling la Mangolo a Halalelang. Ha ho ea tsoaloang e le Paki ea Jehova. Motho o tlameha ho nka boemo ka nako e itseng bophelong ba hae ka bolokolohi bohle ‘ba moea,’ le haeba a hōliselitsoe har’a Lipaki tsa Jehova kapa e bang o ile a tloaelana le tsona ka tsietsi feela tjee.” Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a bea litaba ka tsela ena: “Tumelo e fela e tla ka ho utloa, ’me kutlo e tla ka polelo ea Molimo.”—Ba-Roma 10:17.
E, tumelo e hlōlang e latela “ho utloa.” ’Me matla a fetolang a tumelo a theiloe ho hang Lentsoeng la Molimo. Helsingin Sanomat e itse, ha e tlaleha ka kopano ea Helsinki:
“Likopano tse khōlō e bile liketsahalo tsa bohlokoa tsa Lipaki tsa Jehova maikutlong a hona joale le a kamoso a malapa: malapa kaofela a tla libokeng ’me bacha ba kopana le bacha ba bang. Molekane oa kamoso oa lenyalo o lokela hore e be e mong oa Lipaki tsa Jehova le eena. (Deut. 7:3, 4; 1 Ba-Kor. 7:39) Leselinyana la litaba le phaella ka hore: “Tataiso ea lipaki tsa Jehova bophelong le litšobotsing tse ling tsa bophelo ba lelapa le tsona li hlakile: lenyalo leo le seng la molao ha le tsejoe ’me likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ha li amohelehe. Lenyalo le nkoa e le ntho e tlamang. Tlhalano e-ea haneloa ‘ha e se ka baka la bofebe.’ Lipaki tsa Jehova li phela joalo feela hobane Bibele e khothalletsa joalo.”
Malapa ’ohle a etsa joalo ’me a fela a fumana molemo tumelong. ’Me ba shebelletseng ba ka bona hore Lipaki tsa Jehova ka kakaretso li ’nile tsa angoa ke tumelo ea tsona ho Molimo le Lentsoe la oona. Ka sebele, tumelo e li amile e le motho ka mong.
TUMELO HA E TSEBE MEKOALLO EA BOCHABA
Tšobotsi ea bohlokoa haholo ea Kopano ea Lichaba ea “Tumelo e Hlōlang” e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le “Boipolelo ba Tumelo ea Rōna.” Ka tiiso ea bona e sebete le e matla, likete-kete tse neng li kopane ka mokhoa oo li ile tsa ngolisa boikemisetso ba tsona ba ho tsoela pele tšebeletsong ea Jehova. ’Me, har’a lintho tse ling, li tiisa bonnete ba mantsoe ana, a kenyellelitsoeng Boipolelong: “Re bone se ka hlahisoang ke tumelo lefatšeng lohle; kamoo moea oa Molimo o hlahisitseng ntho e ntle haholo: ‘bonngoe ba baena’ lefatšeng lohle. (1 Pet. 2:17) Jesu o itse, ‘Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.’ (Joh. 13:35) Re thabela ho ba karolo ea boena ba sebele ba lichaba tsohle lefatšeng, boena bo hokahantsoeng ke lerato le sa khaoheng—bakeng sa Molimo le Mora oa hae, bakeng sa ’nete, bakeng sa se nepahetseng, bakeng sa e mong le e mong.”
Na aa ke mantsoe a se nang letho feela? Che, ka sebele. Batho ka bomong ba meloko eohle le lichaba ba phahametse likhethollo le litšekamo tsa bochaba le merabe. Ba tlamahantsoe hammoho litlamong tse sa senyeheng tsa lerato la Bokreste. Ho teng bopaki bo hlakileng ba hore tumelo e hlōlang ha e tsebe mekoallo ea bochaba.
Likopano tse tsoa feta ruri e ne e le tsa lichaba kannete tlhahong ea tsona. Ka mohlala, baromuoa ba koetlisitsoeng sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade ’me hona joale ba sebeletsa lichabeng tse 35 tse sa tšoaneng ba ne ba le teng bakeng sa kopano ea Munich, Riphabliking e Kopaneng ea Majeremane. Mono likarolo li ne li tšoeroe ka lipuo tse sa tšoaneng. Lenaneong la Senyesemane libui li ne li tsoa linaheng tse sa tšoaneng tse 11.
’Nete ea hore Lipaki tsa Jehova li bōpa boena ba lichaba tsohle e hlokomelehile har’a ba shebelletseng ba le kantle. Ka mohlala, ha e tlaleha ka Kopano ea Lichaba ea “Tumelo e Hlōlang” ea Vienna, Austria, Wiener Morgen Kurier e itse: “Lipaki tsa Jehova li tsoa maemong a botho a sa tšoaneng, empa tlamo e ba tlamahanyang ke boikutlo bo tebileng ba bolumeli, boo metso ea bona e leng Bibeleng ho hang.”
Paki e ’ngoe e neng e le teng kopanong ea lichaba ea Copenhagen, Denmark, e ile ea bolela ka ho kopana ha eona le mosebeletsi e mong oa tulisano ea ileng a khahloa haholo ke mosebetsi o finyelloang ke Lipaki tsa Jehova. Mosali enoa o sebetsana le maqhekoana ’me hangata o ’nile a bona phello e molemo eo molaetsa oa ’Muso o nang le eona ho batho bana ka bomong. ’Me a re: “Ke khahloa ke mosebetsi oa Iōna . . . Ka linako tseo ke sebetsanang le baruti ke e ke soabe haholo. Le na le boena bo le bong feela ba lichaba tsohle lefatšeng. Ke khahloa ke sebete sa lōna boboleling. Tsoelang pele ka mosebetsi o motle!”
TUMELO E FANA KA SEBETE
Ke sona se hlileng se etsoang ke Lipaki tsa Jehova. Li ‘tsoela pele ka mosebetsi o motle!’ Tumelo e hlōlang e fana ka sebete sa ho phehella Bokreste e le tsela ea bophelo ho bolela ka sebete ‘litaba tse molemo.’ (Mar. 13:10) Ka lebaka leo, ‘Boipolelong ba Tumelo ea Rōna bo ileng ba tiisoa ka cheseho Likopanong tsa Lichaba tsa “Tumelo e Hlōlang” ho ile ha boleloa ka mokhoa o tobileng:
“Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le ho li utloa le ho feta ho tsona. (Lik. 4:20) Re susumelletsoa ho bua ka melomo ea rōna tumelo ea rōna e matla ka ’muso o hlōlang oa Jehova ’me ka botšepehi re batla ho kopanela le ba bang matlhohonolo a litaba tse molemo.’ Joale ka moapostola ea tšepahalang, kōpo ea rōna ke hore: ‘Boelanang le Molimo.’ (2 Ba-Kor. 5:20) Boo ke boikemisetso ba rōna, ho etsa boipolelo ba phatlalatsa ba litaba tse molemo tsa ’muso oa Jehova Molimo ho tloha mona ho isa bofelong ba tsamaiso ena ea lintho.”—Matt. 24:14; 28:19, 20.
Ha ba botsoa, “Na lea lumela?” baromuoa ba kopano ba ile ba arabela ka “E!” e thetheretsang. Empa ba etsa ho fetang hoo. Tiiso ea bona baa e sebelisa.
Ha e le hantle, baromuoa ba ile ba sebelisa letsatsi la boraro la kopano ka cheseho mesebetsing ea bopaki tšimong. Hoa tlalehoa, ka mohlala, hore boiteko bona ‘bo bone bopaki bo boholo bo kileng ba bonoa’ Dublin, Ireland. Kamoo ho boleloang, batho ba baholo ba 2 650 ka bobona ba ile ba itlaleha Lefapheng la Tšebeletso ea Tšimo moo ho fumana mekotlana e metle ea plastiki ea libuka e neng e sebelisetsoa boiteko bona bo khethehileng. E mong oa baholo ba Dublin ba Bakreste o ile a utluoa a re: “Ka lekhetlo la pele ho teng Lipaki tse bolelang O’Connell Street ho feta baprista ba tsamaeang teng.” Buka e ’ngoe e ileng ea lokolloa bocha Dublin eo kannete e tla ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Ireland ke pampitšana ea “Gaelic” e reng “Tšepo feela ea Batho Bakeng sa Khotso.”
Ke ’nete, mosebetsi o joalo oa boevangeli ke pontšo ea tumelo e hlōlang. Empa na e hlile e na le phello ea sebele ho bao Lipaki tsa Jehova li ba bolellang molaetsa oa ’Muso? Paris, France, hoseng hoo ha mosebetsi oo o khethehileng, mosali ea lilemo li 30 o ile a amohela Lipaki, a re: “Le fihlile ka nako e nepahetseng. Ho hang ke ne ke batla ho buisana le motho. Ke se ke ile ka tsietsoa ke bohloko ba methapo ka makhetlo a mararo ’me ke bile ke batla ho ipolaea.” Eaba joale o phetlela Lipaki tsa etileng sefuba hore o ikutloa hore hoa hlokahala hore a atamele haufi le Molimo. Mosali enoa o ne a batlisisitse ka litumelo tse ling tsa Bochabela, empa kelello ea hae e sitoa ho khotsofala. Joale a bolela hore o lakatsa ho ithuta Bibele. Ha etsoa litokisetso tsa hore a ee le motsoalle puong ea phatlalatsa. Mosali enoa a amohela libuka tseo Lipaki li neng li fana ka tsona ’me a thabela ho fumanela lipotso tsa hae likarabelo tsa Mangolo.
Ea neng a kopanetse mosebetsing ona o tiisang tumelo Lisbon, Portugal, e ne e le setho se etileng sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova le mosali oa hae. Koana, u ka ’na ua nahana! Ka lebaka la kotsi e neng e tsoa mo hlahela haufinyane, o ne a robehile likhopo tse tharo. Leha ho le joalo, ho ile ha mo thabisa ho kopanela le balumeli hammoho le eena boitekong bona bo khethehileng ba tšebeletso ea tšimo.
Ho ile ha fanoa ka bopaki bo boholo Rome, Italy, moo kopano e ’ngoe ea lichaba e neng e tšoaretsoe teng. Ke ’nete, motse o ne o batla o se na batho kaha baahi ba oona boholo ba ne ba le phomolong, ’me tlhokomelo e khōlō e ne e lebisitsoe lefung la Mopapa Paul VI. Moholo oa Italy bohareng oa Mokreste o ile a tsota: “Paki e ’ngoe le e ’ngoe literateng tsa Roma e tsoma ho fumana batho bao e ka ba pakelang. Ha ke atamela monna e mong, o itse ho ’na: ‘Ka kōpo hle! U Paki ea bo25 e nkemisitseng hoseng hona.’” Mosali e mong a re: “Ke bile ’marakeng, li ne li le teng. Ka ea selakheng, le hona teng li ne li le teng. Lebenkeleng le teng ka li fumana hona teng. Ke li fumana mona. Ke fumana Lipaki tsa Jehova hohle.” Moena e mong a bona baprista ba bangata ba bala libuka tseo ba neng ba li filoe hoseng hoo.
Ha e supa ka tšebeletso ena ea Labohlano hoseng ea tšimo ea ba neng ba le kopanong Milan, Italy, II Giorno e tsoang ka letsatsi e hlalositse tjena ka Lipaki hore “li kokota monyako ka monyako matlung” ’me “li hlalosa mabaka a tumelo ea tsona.” Ea phaella ka hore: “Hohle ho entsoe ka mokhoa o thabisang haholo, ba sa khopehe ha motho a ba tšoara hampe ba tšepahalang a ba nka e le ba tšoenyang ba tlang ka nako esele, a ba leleka hampe.”
Leha ho le joalo, tumelo e hlōlang e etsa ho fetang ho fana ka sebete bakeng sa boiteko ba nakoana ba ho bolela ‘litaba tse molemo.’ E nka nako e telele, e-ea matlafatsa ka nako ea lilemo tse ngata. Ntlheng ena, ho khahlisang ke tlaleho ka Lipaki tsa Jehova, Italy, joalokaha e hatisitsoe ho Philadelphia Inquirer. Litabeng tse tsoang Rome, Italy, e boletse karolong e ’ngoe hore:
“Ha Mak’hatholike a ne a entse mekoloko e metelele mafelong a beke e fetileng ho etela lebitla la Mopapa Paul VI, Mataliana a ka bang 65 000 a ne a bōkane tlas’a likhele tse mebala-bala lebaleng la bolo la Flaminio ho isa tlotliso ho Molimo oa oona.
“Empa e ne e le Molimo o fapaneng ho o neng o emeloa ke mopapa ea neng a rapaletse a epetsoe mahaheng a maiketsetso a ka tlas’a mohaho oa Mohalaleli Petrose. Mona, sechabeng sa lefatše se Bok’hatholike ho feta tsohle, Lipaki tsa Jehova li fumane ho itsetsepela ka mokhoa o ntseng o phahama. . . .”
“Lipaki tsa Jehova, tse neng li e-na le bakhomareli ba 95 Italy nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, hona joale li ipolela hore sehlopha sa tsona sa bolumeli ke sa bobeli se seholo Italy. Ka sebele ke sa teng se hōlang ka potlako e fetisisang. . . .
“Palo ea bona e tloha ho 25 810 ka 1972 ho isa ho 66 315 ka 1977. Kajeno li bolela hore li na le litho tse 71 796 . . .
“Palo ea tsona e sa fokola ha e bapisoa le baahi ba Italy ba limillione tse 54, bao boholo ba bona e leng Bak’hatholike ka lebitso. Empa li entse hore boteng ba tsona bo utloahale mona.
“Basebeletsi ba kereke ba bolela hore ba bang ho Lipaki tsa Jehova kapa e mong o kokotile monyako o mong le o mong Italy hona joale. Setho se seng le se seng se lebelletsoe hore se etse mesebetsi ea boevangeli.”
Ho hlile ho hlokahala boiteko—le sebete—ho mamella litšitiso tse khōlō ho boleleng molaetsa oa ’Muso. Ha e supa ka Kopano ea Lichaba ea “Tumelo e Hlōlang” ea Lipaki tsa Jehova Barcelona, Spain, Diario de Barcelona e ile ea hlokomela: “Hlooho ea tšebeletso ea bona e ile e bolela hore ‘ha se karolo ea lefatše.’ Mohlomong ho joalo, empa ntle ho pelaelo ba tseba lefatše hantle ’me ba sebete ho le hlalosetsa seo ba se lumelang.” E, ke tumelo e theiloeng Mangolong eo ka mehla e ’nileng ea fana ka ‘matla a ho bua lentsoe la Molimo ntle ho tšabo.’—Ba-Fil. 1:14.
TUMELO HLŌLANG E FANA KA TŠEPO EA NAKO E TLANG
Likopano tsa Lichaba tsa “Tumelo e Hlōlang” tsa Lipaki tsa Jehova li fane ka keletso e utloahalang ea Mangolo. Li hahile tumelo. ’Me melemo e tla ba e fihlang hole, hobane tumelo e hlōlang e fana ka tšepo e tiileng bakeng sa nako e tlang.
Litšobotsi tsa bohlokoa tsa likopano tsena tsa lichaba e ne e le litšoantšiso tsa Bibele. Ntle ho boiteko bo seli ba Bakreste ba ineetseng ho lokisetseng tsena, mathata a sa lebelloang a ka hlōloa. Ka mohlala, lipula tse matla li ile tsa na ha ho neelanoa ka litšoantšiso tse tharo ho tse ’ne lebaleng la bolo le ahlameng kopanong ea Copenhagen. Empa ba neng ba bapala ba apere meaparo e bobebe ea bochabela ba bapala likarolo tsa bona ka cheseho joalokaha ba ka be ba entse tlas’a letsatsi le mofuthu la Bochabela bo Hare. Kahoo, ‘ba kotula mahofi a fetisisang’ ho bamameli ba itširelelitseng.
Boiteko bo bokaalo bo bakoa ke’ng? Ho bonahala eka lebaka-baka le ile la boleloa hantle ho El Noticiero Universal ea Barcelona, Spain, ha e re: “Motho o tlameha ho lumela ho tšoaneleha ha batho bana, kaha ha ho lea mong oa ba bapalang eo e leng setsebi sa hona; kaofela ke litho tse ithaopileng ho bapala. Kahoo li thusa balumeli bahabo tsona.”
Leha ho le joalo, na litšoantšiso tsee ho na le moo li amang ba shebelletseng? Ho joalo ka sebele! E ’ngoe ho litšoantšiso tsena, e neng e re “U se ke ua Hetla ’me u se ke ua Ema,” e ne e sebetsana le pale ea Bibele ea Lota. (Gen. khaoh. 19) Ha a hopola ka neelano eo, moholo ea nang le tsebo oa Mokreste o ile a hlalosa hore: “Lintho tse bonahalang li ipakahalitse li thetsa haholo. Re hlokometse kamoo lintho tseo nakong e fetileng e neng e le menono kajeno li fetohileng litlhokahalo, ’me batho ba ikimetsa ka mejaro e boima ba leka ho latela liphetoho tsa kajeno. . . . Molaetsa o nakong!”
Har’a lintho tse ling, lenaneo la kopano ea lichaba le ile la fana ka keletso e utloahalang ea Bibele ka lenyalo. Na le ama batho ka bomong? E, ho joalo. Ho ile ha bolela joalo banyalani ba banyenyane hoba ba khutle kopanong ea Marseilles, France: “Re ananetse kopano ee hakaakang, haholo-holo lipuo tsa lenyalo, le keletso e sebetsang ea ho re na mathata a lenyalo a ka rarolloa joang! Kopano ena e ne e hlokahala ho re hopotsa ka seo Jehova a se bolelang ka Lentsoeng la hae, ho leka ho re thusa ho lokisa kamano ea rōna le ho rarolla mathata a rōna. Re khutlile kopanong re thabile re matlafetse.”
Tumelo e hlōlang, e theiloeng Lentsoeng le tiileng la Molimo, e fela e ama batho ka bomong. E ba fumantša molemo. Hona ho ile ha bontšoa hantle hakaakang tabeng ea mosali ea lilemo li 62 ea ileng a kolobetsoa ho e ’ngoe ea likopano tsena tsa lichaba Sheffield, England! E le mongolli oa lipampiri e ne e bile mohlophisi le mongolli oa moo oa makasine ea moo ea kereke. Empa lilemong tse fetileng tse 20 o bile le “stroke” ’me kamorao ho moo kereke ea se ke ea hlola e bontša ho mo thahasella ka letho. Ka 1977 mosali oa Mokreste o ile a qala ho ithuta Bibele le motho enoa ea holofetseng ’me o tlaleha hore: “Beke e ’ngoe le e ’ngoe o ne a e-na le pampiri tse tletseng lipotso. O ne a iphumanela Mangolo kaofela. Ruri re ne re bona moea oa Jehova tšebetsong ha re mo bona nako e ’ngoe le e ’ngoe. O ile a tsoela pele ka mokhoa o babatsehang. Ha thuto e ntse e tsoela pele, o ile a tsoela pele ho isa ntlheng eo ho eona a neng a bala lirapa ’me a tsamaisa puisano.”
“Bophelo ba ’mele oa hae ba tsoela pele ha boemo ba hae ba moea bo tsoela pele,” kamoo ho ileng ha bolela monna oa hae. Mosali a khaotsa ho tsuba ha a ithuta hore hona ha ho khahlise Jehova, ’me a kolobetsoa kopanong. Empa hona e bile tlhōlo e amang ka tumelo, hobane mosali le setulo sa hae se nang le mabili a theoleloa ka metsing. Ka sebele, ’nete ea Bibele e fane ka tiiso ea tšepo ho eena bakeng sa nako e tlang. Nakong ea ha a kolobetsoa, o itse: “Ke thabile haholo ho ba har’a bongata bo mona. Hona joale, ka morero oa sebele bophelong, maikutlo a hae ke afe? Tumelo e mo file tšepo, ’me o re: ‘Ke batla ho bolella ba bang ka bokamoso bo nang le khotso bo tšepisitsoeng ke Jehova.’
Lipaki tsa Jehova li shebane le bokamoso ka tšepo. Li ka etsa joalo hobane li na le tumelo e hlōlang e hlōlang litšitiso le mathata. Ke tumelo e bileng le matla a fetolang bophelong ba tsona. Bakreste bana ba thabile kaha ke karolo ea boena bo le bong feela ba ’nete bo kopaneng lefatšeng ka bophara. Tumelo ea bona ha e tsebe mekoallo ea bochaba. Ke tumelo e fanang ka sebete. Ho feta moo, tumelo ena e hlōlang e ba fa tšepo bakeng sa nako e tlang.
Tumelo e theiloeng ka matla Bibeleng e ka u ama ka litsela tse tšoanang. Ka sebele, u ka fumana molemo ka tumelo e hlōlang.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Tumelo e haha malapa a thabileng
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ba kopanong ba aba ‘litaba tse molemo’
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Tšoantšiso ea lelapa la Lota e rutile ntho ea bohlokoa