Mohlomong u Fositsoe ke Lilemo Tsa Rona Tsa Pele Tse 100—Empa se Fosoe ke Likhoeli Tse Latelang Tse 12
Makasine eo u e tšoereng ka letsohong la hao o ile oa theeloa ho hlokomelisa ka lintho tseo Bibele e hlileng ea li bolela ka mehla ea rōna. Ka baka leo Molula-Qhooa hangata o ’nile oa iphumana o le boemong bo etellang pele.
◆ Esale pele hoo e ka bang ka 1880, oa hlokomelisa lefatše ka tlokotsi e tlang ka 1914.
◆ Oa pepesa lithuto tse neng li le teng ka bophara tsa bolumeli e le tse sa tšehetsoeng ke Bibele. Oa tšela lihele ka metsi (Moeklesia 9:5); oa paka hore moea o-oa shoa (Ezekiele 18:4); oa bontša hore Jesu ke Mora oa Molimo, e seng Molimo o matla ’ohle (Mareka 13:32).
◆ Ka 1919, ha ho sa ntsane ho tsoeloa pele ka ho qaptjoa ha Selekane sa Machaba, oa bolela seo Bibele e itseng se tla etsahala ka sona; ’me ka 1942; ha ho ntse ho nkoa mehato ea ho qapa Lichaba tse Kopaneng, oa hlokomelisa ka seo boprofeta ba Bibele bo se boletseng ka qetello ea oona.—Tšenolo 17:8-11.
◆ Ho theiloe ho Mattheu 24, ha o-oa lokisetsa babali bakeng sa mehla ea boitšoaro bo ntseng bo phahama bo bobe, le e befileng le e thata feela ea moloko ona, empa hape o re hopotsa ka pheko eo Molimo o fanang ka eona—puso ea ’Muso oa oona.
◆ O tsekella ho ba mohloli oa khothatso, o hopotsa ka tataiso ea Bibele ho tsitsisa malapa, ho boloka ho hloeka ha botona le botšehali le botšepehi ba botho.
U ka beeletsa ka puo leha e le efe ho tse 82 tse thathamisitsoeng leqepheng la bobeli.
Ka kōpo nthōmelleng Molula-Qhooa. Bakeng sa o hatisoang habeli ka khoeli ke kenya R1,80; bakeng sa o hatisoang hang ka khoeli ke kenya 90c.