Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 5/1 maq. 3-5
  • Thuto ea Thabeng—Na ke Bohle ba Kenang Musong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto ea Thabeng—Na ke Bohle ba Kenang Musong?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baprofeta ba Bohata
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ke Bo-mang ba Leng Bolumeling ba ’Nete?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Jesu o Matla ho Feta Bademona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Molaetsa oo re Lokelang ho o Phatlalatsa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 5/1 maq. 3-5

Thuto ea Thabeng—Na ke Bohle ba Kenang Musong?

KAMOR’A hore Jesu a eletse bamameli ba hae ka baprofeta ba bohata bao ba neng ba tla teana le bona lekholong la pele la lilemo C.E., o itse: “Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.”—Matt. 7:21; bapisa le Luka 6:46.

Hore batho ba thabele mahlohonolo a ’muso oa Molimo, ba lokela ho hlokomela borena ba Jesu Kreste. (Ba-Roma 10:9; Ba-Fil. 2:11) Empa ho na le ho hongata ho akarelletsoang ho feta feela ho etsa tšebeletso ea molomo ho Mora oa Molimo ka ho ’mitsa “Morena! Morena!”

Ba tla amohela mahlohonolo a ’Muso ka botlalo ke feela ba “etsang thato ea Ntate ea maholimong.” “Thato” eo e bontšitsoe ka ho hlakileng Thutong ea Thabeng. Hona ho biletsa ho etsa ‘mesebetsi e molemo’ ka ho bolela linnete tsa ’Muso ho ba bang. Hape ho kopanyelletsa ho fetola botho ba rona e le hore re ka bonahatsa litšobotsi tse kang tsa Molimo joaloka bonolo, boitekanelo, ’nete, ho se be le boithati, lerato, botšepehi le tumelo.—Bona Mattheu 5:16, 21, 22, 27-30, 33-48; 6:1-18, 25-34.

Mantsoe a latelang a Jesu a bontša hore ba bangata ba ipolelang hore ke balateli ba hae ba ne ba tla hlōleha tabeng ena: “Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na: Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na? Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokhopo.”—Matt. 7:22, 23.

“Tsatsing leo,” ha Molimo o tlisa kahlolo holim’a lira tsa oona (Zek. 14:1-3; 2 Ba-Thess. 2:1, 2; 2 Pet. 3:10-12), “ba bangata” ba tla batla ho amoheloa hantle ka ho bolela hore ba ile ba etsa mesebetsi e molemo ‘ka lebitso la hae,’ ho bolelang hore, e bile baemeli ba Jesu Kreste ’me ba sebelisa matla a Molimo a tsoang ho eena.

Ba tla botsa: “Na ha rea ka ra profeta [ke hore, ra bolela lipolelo tsa Molimo le ho profeta liketsahalo tsa nako e tlang] ka lebitso la hao na?” Empa ‘ho profeta’ ho joalo hase pontšo ea ’nete ea ho ba morutuoa oa Kreste. Ho ea ka Mangolo, ho profeta liketsahalo tsa nako e tlang hoo ka linako tse ling e bang ’nete, le melaetsa e fanoang joaloka ha eka ke ka matla a Molimo, ke lintho tse neng li boleloa ke baprofeta ba bohata.—Deut. 13:1-3; Jer. 14:14.

Ba bang ba ne ba tla iphahamisa ka hore ba ile ba ‘leleka bademona ka lebitso la hae.’ Ho na le batho ba bang Bojakaneng kajeno ba bolelang hore ba na le matla a joalo. Empa mokhoa oa ho leleka bademona (ka litšebeletso tse amanang le meea) e ne e le o tloaelehileng haholo bolumeling bo sa sebeliseng Bibele. Ho feta feta moo, Ba-Jode ba itseng lekholong la pele la lilemo C.E. ba ile ba leleka bademona ka litsela tse itseng tsa mohlolo tseo ba neng ba lumela hore li tsoa ho Morena Salomone.a

Ho profeta ka tsela e ka holimo ho ea batho, ho leleka bademona kapa ho etsa “mehlolo e meng e mengata” hase litsela tse khethollang Bakreste ba ’nete. Ha e le hantle, ha Jesu a ne a profeta pontšo ea ho tla ha hae le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho o itse: “Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baprofeta ba bohata, ’me ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakhethoa, hola ke ntho e ka etsoang.” (Matt. 24:24) Baprofeta ba bohata ba joalo, baikaketsi, ba ne ba tla bonahala ba nepile phuthehong ea Bokreste ’me ka hona ba leke ho khelosa litho tse ngata tsa eona.—Lik. 20:29; 2 Pet. 2:2, 3, 10-22; Juda 4, 8-13, 16-19.

Joaloka ha ho bontšitsoe kaholimo mona, Jesu o ile a bontša ka ho pepenene hore Bakreste ba ’nete e ne e tla ba ba “etsang thato ea Ntate.” ’Me “thato” ea Ntat’ae ke eng mehleng ee? Joaloka ha Jesu a ile a bolela e sa le pele, ke hore, ‘Evangeli ena ea ’muso [o hlonngoeng] . . . e boleloe lefatšeng lohle, e be bopaki ho lichaba tsohle’ pele bofelo bo fihla. (Matt. 24:14) Na likereke tsa Bojakane li bolela hore ’muso oa Molimo o se o le haufi? Che, hobane ba nka ’muso e le ntho feela e ka pelong tsa batho, kapa o sa le hōle haholo nakong e tlang. Ka boikaketsi ba nehela tšebeletso ea molomo ho Jesu, empa ba hana ho etsa thato ea Ntat’ae. Ho tloheletsoe hona ho sehlopha se senyenyane haholo ha se bapisoa se tsejoang e le Lipaki tsa Jehova ho “bolela Evangeli ea litaba tse molemo” tse mabapi le morero oa ’Muso oa Molimo “lefatšeng lohle.”—Ba-Roma 10:15, 18; bona hape 1 Ba-Korinthe 9:16.

Bohle ba ipolelang hore ba kamanong le Jesu Kreste, empa ba sa etse mesebetsi ea ’Muso le ho apara botho ba ’nete ba Bokreste, ba tla lefa hona habohloko boiphetetsong ba Molimo holim’a tsamaiso ea joale ea lintho. Nakong eo Jesu o tla ba ‘bolella,’ kapa a bontše pepenene hore ‘ha a tsebe’ batho bao Bokreste ba bona bo sa tebelang tlase ho feta feela ho fana ka tšebeletso ea molomo le ba ipolelang hore ba na le limpho tsa ho etsa “mehlolo.” “Mehlolo e mengata” eo ba neng ba ikhantša ka eona e ke ke ea thetsa Mora oa Molimo. Ho e-na le ho bontša ho loka, ba hlile ba ipaka e le “ba sebetsang bokhopo.” Ka hona, ha Jesu a sebetsa e le moahloli oa Molimo “mahlomoleng a maholo” a tlang, o tla re: “Ntloheleng.” Bakreste ’motoana ba tla haneloa ho kena ’musong oa Molimo ho thabela mahlohonolo a ka ho sa feleng.—Bapisa Mattheu 24:21, 22; 25:41, 46.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabapi le ho leleka bademona ha ba-Jode, re bala se latelang ho Exorcism Through the Ages: “Ntho e neng e le ka sehloohong ho ba-Jode bana ba neng ba leleka bademona e ne e le ho bitsa ha bona mabitso a bao ba neng ba lumela hore ba ka ba nea matla, ka mohlala, mabitso a mangeloi a molemo, mabitso a ne a sebelisoa a le mang kapa hammoho le El (e leng Molimo); ka sebele ka lilemo tse ngata ho sebelisoa ha mabitso e bile tumela-khoela har’a ba-Jode, ’me ho ne ho le bohlokoa ho sebelisa mabitso a lokelang bakeng sa liketsahalo tse sa tšoaneng le ka linako tse sa tšoaneng. Ntle ho pelaelo, e bile tumela-khoela ena e ileng ea susumelletsa bara ba Skeva, ba ileng ba bona katleho ea Pauluse ho leleka bademona ka lebitso la Jesu, hore ba ka itekela ka bobona ho etsa ho tšoanang, ba re: ‘Rea u laela ka lebitso la Jesu ea boleloang ke Pauluse,’ ho etsa sena ho ile ha ba tlisetsa kotsi e kholo. (Lik. 19:13) E ne e le tumelo e tloaelehileng har’a ba-Jode, hoo e ileng ea amoheloa ke setsebi sa lefatše Josephus, hore Salomone o ile a amohela matla a ho leleka bademona, le hore o ile a qapa le ho fetisetsa litsela tse itseng tse neng li le matla haholo bakeng sa morero ona. Seithuti sa lipale sa mo-Jode se tlaleha kamoo Eleazare e mong, nakong ea Moemphera Vespasian le matona a hae, ba ileng ba atleha ka ho bea lesale la mohlolo holim’a nko ea motho ea tšoeroeng ke meea ’me eaba meea ea bademona e tsoa ka linko tsa motho eo—matla a neng a le lesaleng lena a ne a supa morao haholo mokhoeng oa Salomone, ’me hape ho ne ho le thata hore le ka fumanoa.”—Bona buka ea Josephus Antiquities of the Jews, Buka 8, khao. 2, kar. 5 le buka The Jewish War, Buka 7, khao. 6, kar. 3.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela