Ntoa ea Moapostola Johanne Khahlanong le Makhotla a Bokoenehi
NAKOANA hoba phutheho ea Bokreste e theoe mohla Pentekonta ka selemo sa 33 e ile ea tlameha ho loantšana le baruti ba bohata. Baapostola, leha ho le joalo, ba sebeletsa e le matla a thibelo, ba alositse bofetoheli leha e le bofe khahlanong le thuto e utloahalang le mekhoa ea Bokreste. Leha ho le joalo, hoo e ka bang kapele ka 51, mekhatlo ea bokoenehi e ile ea iponahatsa. Moapostola Pauluse oa Mokreste joale a ngolla balumeli bahabo ba Thessalonika, a re: “Sephiri sa bokhopo se se se sebetseha.”—2 Ba-Thess. 2:7.
Ho isa qetellong ea lekholo la pele la lilemo, moapostola oa ho qetela ea neng a phela, Johanne, o ile a bona mekhatlo ea bokoenehi ka lenane le leholo haholo ka phuthehong ho feta morao koana ka 51. Lengolong la hae le bululetsoeng, le ngotsoeng hoo e ka bang ka 98, o itse: “Ke nako ea qetello; ’me joale ka ha le utloile hobane antikreste o ea tla, le joale boantikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke ka hoo re tsebang hobane ke nako ea qetello.” (1 Joh. 2:18) Nako ea boapostola e ne e tla tloha e fela. Bokoenehi Bokresteng ba ’nete bo ne bo tla tloha bo hlahela pooaneng.
Hantle ke eng seo moapostola ea tsofetseng Johanne a ileng a talimana le sona ka “nako ea qetello”? E ’ngoe ea liphoso tseo a neng a lokela ho li pepesa e ne e amana le mokhoa oo Jesu Kreste a tlileng ka ona. Ka mohlala, ho ne ho le teng Mojode ea bitsoang Cerinthus ea neng a ruta ka mokhoa o latelang: ‘Jesu ha a ka a tsoaloa ke moroetsana, empa e ne e le mora oa tlhaho oa Josefa le Maria. Leha ho le joalo o ne a le bohlale haholoanyane, a lokile haholoanyane a bile a e-na le temoho e fetang ea batho ba bang. Nakong ea ha a kolobetsoa, Kreste, ka sebopeho sa leeba, a theohela ho eena a e-tsoa ho Ea Phahameng. Joale, eare ha Kreste a e-tsoa ho eena, Jesu a shoa ’me a tsosetsoa bophelong. Empa Kreste, e le moea, a se ke a utloa bohloko.’ Ka tsela ena, Cerinthus o ne a latola hore Kreste o ne a e-tsoa leholimong ’me a fetohile nama hore a lopolle batho.
Hoa hlokomeleha, ka baka leo, hore Molaetseng oa hae hape le lengolong la hae la pele le bululetsoeng, moapostola Johanne o ile a hatisa hore Lentsoe, Mora oa Molimo, Kreste, ka sebele o ile a fetoha nama. Rea bala: “Lentsoe [le neng le bile le Molimo leholimong] le ne le etsoe nama, ’me la aha har’a rōna le tletse mohau le ’nete, ’me re bohile khanya ea lōna, e kang khanya ea Mora a ’notsi ea tsoang ho Ntate.” (Joh. 1:14) “Se neng se le teng e sa le ho qaleng, see re se utloileng, see re se boneng ka mahlo a rōna, see re se bohileng, see matsoho a rōna a se amileng, e leng sa Lentsoe la bophelo—hobane bophelo bo senotsoe, ’me re lipaki tsa jona, ’me re le bolella bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, ’me bo senoletsoe rōna—see re se boneng, see re se utloileng ke sona seo re le bolellang sona.”—1 Joh. 1:1-3.
Mokreste leha e le ofe ea balang mantsoe ana kapa ea a utloang a a balloa a ka bona hore a senola lithuto tsa bohata tse neng li buelloa ke bakoenehi ba kang Cerinthus. Motho Jesu ka sebele e ne e le Kreste, Mora ea tsoetsoeng a ’notsi oa Molimo. Tšimolohong, pele ho bōptjoa bokahohleng, o ne a e-na le Ntate sebakeng se sa bonahaleng sa moea. Moapostola ea tsofetseng o ne a ngola ka phihlelo ea botho. Johanne o ne a tseba hore Kreste hase eo boteng ba hae bo neng bo ka tiisoa ka kelello. Moapostola o ne a bile le ‘lentsoe la bophelo’ ka boeena, eena eo Ntate a neng a mo file matla a ho fana ka bophelo le eo ka eena ho neng ho ka fumanoa bophelo bo sa feleng.
Moapostola Johanne o ne a utloile lentsoe la Jesu Kreste le ho mo shebella ka matsatsi a latellanang. Johanne o ne a tsamaile le eena, a ja le eena le ho mo bona ha a phomola. Ho utloa le ho bona, koana, li ka ’na tsa itlisa, e seng ka boikhethelo ba motho eo kelello ea hae e susumelletsoang ho etsa joalo. Mohlomong ke ka lebaka leo Johanne a ileng a isa taba ea ho bona pejana, a bolela hore o ile a bona “lentsoe la bophelo” ka kelo-hloko. E, moapostola o ile a ikhethela ho sheba ho Mora oa Molimo, a etsa joalo ka tieo eohle, ka kelo-hloko, ’me a mo bona ka thabo. Seo Johanne a neng a se bone le ho se utloa e ne e se sethotsela. Ka matsoho a hae o ne a ile a ama Mora oa Molimo.—Bapisa Luka 24:39; Johanne 20:25, 27.
Sepheo sa moapostola Johanne ka ho loantša bokoenehi ka ho bea ’nete ka Jesu Kreste e ne e le sefe? Karabelo ea hae ke ena: “Hore le lōna le tle le be le kopano le rōna; ’me kopano ea rōna re na le eona le Ntate, le Mora oa hae Jesu Kreste. ’Me re ngola litaba tsena, hore thabo ea rōna e tle e phethehe.”—1 Joh. 1:3, 4.
Ho latela mantsoe ana, moapostola Johanne o ne a batla ha balumeli bahabo ba ka kholiseha ka mokhoa o feletseng ka Jesu Kreste joalokaha ho ne ho le joalo eena le baapostola ba bang ba neng ba bone, ba utloa le ho ama Mora oa Molimo. Johanne o ne a batla hore ba kopanele le baapostola thabo e neng e hlahisitsoe ke setsoalle se haufi haholo le Jesu Kreste. Ka hona sepheo sa seo Johanne a se ngotseng e ne e le ho thusa balumeli hammoho le eena hore ba tsoele pele ho fihlela thabo e tlisoang ke boemo bo amohelehang pel’a Jehova Molimo le Jesu Kreste.
Makhotla a bokoenehi, ka lehlakoreng le leng, a ne a tla amoha Bakreste thabo eo. Ka nepo, he, moapostola Johanne a a senola ka ho bea bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore Kreste o ne a tlile ka nama.
Hona ka matla ho bontša hore tlhoeko thutong ea Bokreste le ka mohla e se ke ea nyenyefatsoa. Pono e sothehileng ka Jesu Kreste le Ntate oa hae e thatafatsa ho utloa thabo e tlisoang e tsoa ho beng le kamano e haufi le bona. ’Me batho ba haelloang ke boemo bo amohelehang pel’a Molimo le Kreste ba oela kahlolong ea tsuo. (2 Ba-Thess. 1:6-10) Hona ho lokela ho hatisa ho bohle ba ipolelang hore ke Bakreste bohlokoa ba ho hlahloba litumelo tsa bona le tšebetso leseling la Mangolo ho tiisa hore ha ba ea susumetsoa ke baruti ba bakoenehi ba kang ba ileng ba qala ho ngatafala hoba baapostola ba shoe. Joale, ba etsisa moapostola Johanne, balumeli ba ’nete ba tlameha ho tsoela pele ho sireletsa ’nete le ho pepesa phoso ea bolumeli. Bophelo ba bona le bophelo ba ba ba mamelang bo itšetlehile ka sena.—1 Tim. 4:16.