Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 4/15 maq. 22-24
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono ea Hao ka Botona kapa Botšehali—E Etsa Phapang ea Eng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Hlonepha Lenyalo le Hlonngoeng ke Molimo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • “Le se ke la Timana”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Ho Boloka Pono ea Molimo ka Botona le Botšehali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 4/15 maq. 22-24

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Na Bibele e ngotse litlhaloso leha e le life tse qaqileng ka hore na ke’ng se setle kapa se sebe mabapi le likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa monna le mosali? Na ke boikarabelo ba baholo ba phutheho ho leka ho laola har’a litho tsa phutheho litabeng tsena tse tebileng tsa lenyalo?

Ho ke ho lumeloe hore Bibele ha e fane ka melao e qaqileng leha e le efe kapa litekanyetso mabapi le mokhoa oo ka ona monna le mosali ba ka kenang likamanong tsa botona le botšehali. Ho teng litlhaloso tse khutšoanyane tse loketseng tsa pontšo ea lerato, tse kang tse ho Liproverbia 5:15-20 le litemana tse sa tšoaneng ho Sefela sa Salomone (1:13; 2:6; 7:6-8). Tsena, le litemana tse kang Jobo 31:9, 10, bonyane li fana ka pontšo ea se neng se tloaelehile kapa se loketse mabapi le kamano ea botona le botšehali ’me li lumellana le seo ka kakaretso se nkoang se tloaelehile le ho lokela kajeno.

Keletso e matla haholo ka Mangolong ke ea hore re rate Molimo, re rate bahabo rōna joaloka rōna ka mokhoa o phethahetseng; monna a rate mosali oa hae joalokaha a rata ’mele oo e leng oa hae a bile a mo hlokomela le ho mo hlompha. (Matt. 22:37-40; Ba-Ef. 5:25-31; 1 Pet. 3:7) Kamoo moapostola a bolelang, lerato “ha le etse ho soabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe.” (1 Ba-Kor. 13:4, 5) Hona ka sebele ho ne ho tla hanela ho qobella molekane oa motho oa lenyalo mekhoeng e sa tloaelehang eo molekane eo a e nkang e sa ratehe kapa e hanyetsehang le e sothehileng.

Mangolo ha a fete tataiso ena, ’me, ka baka leo, re ke ke ra etsa ho fetang ho eletsa tumellanong le seo Bibele e hlileng e se bolelang. Nakong e fetileng ho ile ha hlaha litlhaloso makasineng ena mabapi le mekhoa e meng eitseng e sa tloaelehang ea botona le botšehali, e kang ho kenyana litho tsa botona kapa botšehali ka hanong lenyalong, ’me ena ea beoa sehlopheng se le seng le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. Mothèong ona ho ile ha fihleloa qeto ea hore ba etsang mekhoa e joalo ea botona le botšehali ba tšoaneloa ke ho khaoloa haeba ba sa bake. Ho ne ho nkiloe pono ea hore ho ne ho le matleng a baholo ba phutheho ho batlisisa le ho nka bohato ka boahloli mabapi le mekhoa e joalo kamanong ea lenyalo.

Ha taba ena e se e lekanyetsoa hape ka hloko, leha ho le joalo, ho re kholisa hore, ha ho talingoa bosieo ba taelo e hlakileng ea Mangolo, tsena ke litaba tseo banyalani ka bo bona ba lokelang ho jara boikarabelo pel’a Molimo le hore katamelano ena e haufi ea lenyalo ha e oele tikolohong ea baholo ba phutheho hore ba ka leka ho e laola kapa ho nka bohato ba ho khaola litabeng tse joalo e le mothèo feela o teng.a Koana, haeba motho leha e le mang a ikhethela ho atamela moholo bakeng sa keletso a ka ’na a etsa joalo ’me moholo o tla nahana ka methèo ea Mangolo le ea joalo, a sebetsa joaloka molisa empa a sa leke, bonneteng, ho “sala-sala-morao” bophelo ba lenyalong ba ea botsang.

Hona ho se ke ha nkuoa e le ho khothalletsa mekhoa eohla e sa tšoaneng ea botona le botšehali eo batho ba e sebelisang, hobane ho hang ha ho joalo. Ho mpa feela ho bontšoa kutloisiso e matla ea boikarabelo ea ho lumella Mangolo hore e be oona a laolang le hore ho se ke ha nkuoa boemo bo thata-thata moo ho bonahalang bopaki bo sa fane ka mothèo o lekaneng. Hape ho bontša kholiseho takatsong ea batho ba Jehova ka kakaretso ho etsa tsohle joalokaha eka ba etsetsa eena le hore ba bonahatse litšoaneleho tsa hae tse hlollang litabeng tsohle tsa bona. Ho bontša boikemisetso ba ho tlohela kahlolo ea litaba tse haufi joalo tsa lenyalo matsohong a Jehova Molimo le Mora oa hae, bona ba nang le bohlale le tsebo ea maemo ’ohle a hlokahallang hore ho etsoe qeto e nepahetseng. Ho hotle hore re hopole hore “bohle re tla emisoa pel’a setulo sa kahlolo sa Molimo” le hore “motho ka mong ho rōna o tla ikarabela ho Molimo ka tsa hae.” (Ba-Roma 14:7-10, 12) “Hobane e ka khona re hlahe bohle pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le ’meleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.”—2 Ba-Kor. 5:10.

Ho boetse ho hotle ho hlokomela hore ha moapostola a ne a ngola keletso ena e ho Ba-Kolosse 3:5, 6, o ne a sa e lebisa feela ho batho ba masooa empa le batho ba lenyalong. O itse: “Le bolaee ke hona litho tsa lōna tse leng lefatšeng, ke ho re, bofebe, le litšila, le maikutlo a mabe, le litakatso tse mpe, le takatso ea moruo, e leng ho sebeletsa molimo oa bohata.” Ho 1 Ba-Thessalonika 4:3-7 Pauluse o eletsa ho ea pele a re, “e mong le e mong ho lōna a tsebe ho bolokela pitsa ea hae khalalelong le hlonephong, e seng litakatsong tse mpe [tsa botona le botšehali], joale ka bahedene ba sa tsebeng Molimo. . . . Hobane Molimo ha oa ka oa re biletsa litšileng, empa e le khalalelong.”—Bapisa le NW.

Ka hore a supe “litakatso tse mpe [tsa botona le botšehali]” moapostola ka sebele ha a nyatse takatso e loketseng ea botona le botšehali e khotsofatsoang hantle ka ho loketseng ka tokisetsong ea lenyalo. Re na le takatso e loketseng ea lijo le lino ’me re ka e khotsofatsa ka nepo. Empa motho a ka fetoha “senyofu” kapa letahoa ka ho ja le ho noa ho tlōla. Ho joalo, hape, motho a ka ’na a tšoareha haholo ka botona le botšehali hoo ho bo khotsofatsa takatsong ea bona ho fetohang sepheo se seholo le se ka sehloohong ka bohona, ho e-na le hore e be tlatsetso feela pontšong ea lerato e khothalletsoang ka matla ke Bibele. Ha ho le joalo, joale motho o se a fihla ntlheng ea ho ba meharo ‘e leng borapeli ba molimo oa bohata,’ ’me takatso ea botona le botšehali ke eona e rapeloang.—Ba-Ef. 5:3, 5; Ba-Fil. 3:19; Ba-Kol. 3:5.

Ho thoe’ng he, ka boemo boo ho bona batho ba nyalaneng, mohlomong mosali, a atamelang moholo oa phutheho ka pelaelo ea hore molekane oa hae oa lenyalo o-oa mo tlatlapa ka ho mo qobella mekhoa ea botona le botšehali eo eena a e hanang e le e hanyetsehang le e sothehileng? Haeba molekane e mong oa lenyalo a ikemiselitse hore ho ka buisanoa ka taba eo, moholo, mohlomong moo moholo e mong a leng teng, a ka ithaopela ho leka ho thusa banyalani ho rarolla bothata ba bona, a fana ka keletso ea Mangolo.

Ho thoe’ng haeba motho ea lenyalong a bolela hore mekhoa eitseng ea botona le botšehali ea molekane oa lenyalo ke e feteletseng hoo e ka oelang lentsoeng la Segerike porneia kamoo le sebelisitsoeng ho Mattheu 19:9 (“bohlola,” New World Translation)? Joalokaha ho se ho bontšitsoe, Mangolo ha a fane ka boitsebiso bo qaqileng bo lumellang khethollo e tiileng ea mekhoa eitseng ea botona le botšehali ka lenyalong e le e leng—kapa e seng—porneia. Ho ka ’na ha hlokomeloa hore lentsoe la Segerike le nkiloe lentsoeng leo haholo le bolelang “ho rekisa” kapa “ho inehella kapa ho ineela nthong,” ’me ka hoo porneia e na le maikutlo a ho “ithekisa kapa ho inehella litakatsong kapa litšileng tsa botona le botšehali.” Sebopeho sa ketso (porneuo) har’a litlhaloso tsa sona se akarelletsa “ho silafatsa.” (Liddell le Scott ka Greek-English Lexicon) Haeba motho ea lenyalong a lumela hore mekhoa ea botona le botšehali ea molekane oa hae, le hoja e sa ame motho e mong ea ka ntle ho lenyalo, leha ho le joalo ke ea sebopeho se feteletseng hoo e ka bang e bontšang ho inehella ka ho hlakileng litšileng kapa tšilafatsong, joale eo e lokela hore e be qeto ea hae le boikarabelo.

Motho ea joalo a ka ’na a nka hore maemo a fana ka mothèo oa Mangolo oa hlalo. Haeba ho le joalo, o lokela ho amohela boikarabelo bo feletseng pel’a Molimo bakeng sa bohato leha e le bofe ba hlalo bo ka ’nang ba nkuoa. Ho ke ke ha lebelloa hore baholo ba bontše kamohelo (ea Mangolo) ea hlalo, haeba ba sa nepisise mabaka. Ka nako eona eo ha ba ea lumelloa ho imetsa ba bang ka matsoalo a bona ha taba e le e belaetsang. (Jak. 4:11, 12) Ha ba boletse keletso leha e le efe ea Mangolo eo ba e fumanang e lokela, joale ba ka hlakisetsa ea amehang botebo ba taba le boikarabelo bo feletseng bo tla ba holim’a hae haeba ho nkoa bohato ba hlalo. Haeba motho a ipatlela bolotsana feela ho qhala tlamahano ea lenyalo, joale ea joalo a ka lebella bohale ba Molimo feela, hobane ka ho sebetsa molekane oa motho oa lenyalo ka bolotsana joalo Molimo o re “ke hloile hlalo.” (Mal. 2:16) “Molimo o tla ahlola babōki le bafebi” le mang kapa mang ea hlalang feela ka bolotsana ebe joale o nyalana le e mong hape a ke ke a pholoha kahlolo. (Ba-Heb. 13:4) Baholo ba ka kholiseha hore Morena ‘o tla hlahisetsa leseling tse patiloeng tsa lefifi, le ho senola merero ea lipelo’ ka nako ea hae e loketseng. (1 Ba-Kor. 4:4, 5) Mang le mang ea jallang thetso le bolotsana a ke ke a pholoha ho kotula mahlomola, hobane “Molimo ha o songoe.”—Ba-Gal. 6:7, 8.

Joalokaha baholo ba phutheho ba neela baena le likhaitseli tokelo ea ho sebelisa matsoalo a bona a botho litabeng tseo Mangolo a sa qaqisang ho tsona, ho joalo, hape, baholo ba na le tokelo ea ho sebelisa matsoalo a bona ka maikutlo a bona ho ba etsang liketso tse belaetsang. Haeba ka tieo ba ikutloa hore liketso tsa setho sa phutheho litabeng tsena ke tseo ba ke keng ba mo buella ka letsoalo le letle bakeng sa tšebeletso leha e le efe e beang mohlala ka phuthehong, boo ke boikhethelo ba bona.—1 Tim. 1:19; 3:2-12; 5:22.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho supiloe lipolelong tsa moapostola tse ho Ba-Roma 1:24-27 mabapi le ‘ho etsa ka tlhaho ha’ ’mele e metona le e metšehali. Joalokaha ho totobetse le joale kaha ho ’nile ha lumeloa nako le nako, lipolelo tsena li entsoe litemaneng tse potolohileng taba e buang ka bosodoma ba banna le ba basali. Ha li supe ka ho toba mekhoeng ea botona le botšehali e etsoang ke monna le mosali. Hape ho lumeloe hore le tsona lipontšo tseo tsa lerato tse loketseng le tse tloaelehileng ho hang pakeng tsa monna le mosali e ka ba tseo ‘e seng tsa tlhaho’ pakeng tsa batho ba batona feela kapa ba batšehali feela ea ba ea e-ba tsa boitšoaro bo bobe ho batho ba seng lenyalong. Tataiso leha e le efe eo lipolelo tsena tsa boapostola li fanang ka eona mabapi le mekhoa ea botona le botšehali lenyalong, ka baka leo, ha e-ea toba ’me e ka talingoa feela e le e khothalletsang e seng e etsang qeto, ke hore, e se mothèo oa ho bea melao e thata le e tiileng bakeng sa kahlolo. Hape monyetla o teng ’me mohlomong hape ho ka ’na ha etsahala hore mekhoa e meng ea botona le botšehali e etsoang ke monna le mosali hona joale tšimolohong e ne e sebelisoa feela ke basodoma ba banna le ba basali. Haeba ho ka ba joalo, joale ka sebele hona ho ka etsa hore mekhoa ena bonyane e be e sa lumelleheng boitšoarong. Ka hona taba ena e ke ke ea qheloa feela habobebe ke Mokreste ea nang le letsoalo le pholileng feela hobane hose letho le tobileng le supang ho batho ba lenyalong le hlahang litemaneng tse boletsoeng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela